Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
SELEMONG sena Lipaki Tsa Jehova li boetse li behile litholoana tse ntle tšebeletsong e halalelang ho sa tsotellehe maemo a lefatše a sithabetsang. ’Nete ea litaba tse molemo ‘e beha litholoana le ho eketseha lefatšeng lohle’ ka lebaka la tlhohonolofatso ea Molimo. (Bakol. 1:5, 6) Re kholisehile hore tlaleho ea selemo sena e tla le khothatsa le ho le matlafatsa tumelong.
TOKISETSO E NCHA EA BOPULA-MALIBOHO BO THUSANG
E bile thabo e khōlō ha bo-pula-maliboho ba thusang ba fuoa monyetla oa ho sebetsa lihora tse 30 kapa tse 50 ka April. Ba bangata bao ka tloaelo maemo a bona a sa ba lumelleng ho ba bo-pula-maliboho ba thusang, ba ile ba etsa tšebeletso ena ka cheseho. Bahoeletsi ba likete e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang ka lekhetlo la pele, ’me ba bangata ba kileng ba bula maliboho nakong e fetileng ba thabela hore e boele e be bo-pula-maliboho. Ho feta moo, bahoeletsi ba bangata ba neng ba sa khone ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ba ile ba ikitlaelletsa ho eketsa tšebeletso ea bona ea tšimo. Phello e bile efe?
Litlaleho tse tsoang makaleng a mangata li bontša hore ho bile le keketseho e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng. Lefatšeng lohle bahoeletsi ba 2 657 377 e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang—e leng se bolelang hore ba eketsehile ka makhetlo a ka bang mahlano ha ho bapisoa le tlhōrō ea bona selemong se fetileng! Lefatšeng lohle basebeletsi ba Bethele ba 16 292 ho ba 20 290, e leng liphesente tse 80, ba ile ba kopanela mosebetsing ona oa bohlokoa. Ruri hoa thabisa hore ebe ka April bahlanka ba Jehova ba entse mosebetsi o mongata oa ho bolela ho feta khoeling leha e le efe!
Selemo feela ka mor’a tšisinyeho ea lefatše e ileng ea ruthutha Haiti ’me ea bolaea batho ba ka bang 300 000, bahoeletsi ba moo ba tlalehile litlhōrō tse ncha mosebetsing oa boboleli ka April. Naheng eo ho na le bahoeletsi ba 17 009, ’me ba 6 185 e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang. Ho bile le letšolo le khethehileng la ho aba bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, e sa tsoa lokolloa ka Secreole sa Haiti, ’me ka sebele e tšelisitse baahi ba shoetsoeng ke baratuoa le ho ba khothatsa.
Bara le barali babo rōna ba Nigeria ba bile le bothata bo sa tloaelehang ka April. Matsatsing a mane a likhetho (ao a mararo e neng e le Meqebelo), ’muso o ile oa laela hore batho ba se ke ba tloha malapeng a bona pakeng tsa hora ea bosupa hoseng le ea bohlano mantsiboea, ntle le ha ba tsamaea ka mabaka a likhetho. Leha ho le joalo, moea oa bopula-maliboho ha oa ka oa fokotseha. Phutheho e ’ngoe e ile ea ngola ea re: “Re le ngolla ka thabo e khōlō le ka lipelo tse tletseng kananelo ka lebaka la nako e monate eo re bileng le eona khoeling ena.” Phuthehong e ’ngoe e nang le bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba 127, ba 92 e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang, ho akarelletsa le baholo bohle le bahlanka ba sebeletsang. Lelapeng la Bethele la batho ba 688, ba 555 e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang.
Ba Hlōtse Mathata. Jeannette ea lulang lihlabeng tsa Burundi, o ’nile a lakatsa ho bula maliboho, empa o tšoeroe ke lefu la pelo le sa foleng le mo sitisang ho tsamaela hōle le ho nyoloha moepeng. O ile a thaba ha a utloa hore ho fokolitsoe lihora tsa bopula-maliboho bo thusang ka April. Baholo ba ile ba mo thusa ho phethahatsa takatso ea hae ea ho bula maliboho ka hore ba mo fe tšimo e pel’a ha hae. Ho phaella moo, bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba ne ba khannela lithuto tsa bona tsa Bibele ha hae. Ha khoeli e fela, Jeannette o ne a thabile hobane a qalile lithuto tsa Bibele tse ’nè. O re: “Nka thabela ho bula maliboho hape, ’me ke kholisehile hore Jehova o tla nthusa.”
Sehlekehlekeng sa Grenada, morali e mong oabo rōna e mocha lilemong, ea sa utloeng litsebeng o ile a bula maliboho le hoja a holofetse hoo a sitoang ho tsamaea hantle. O re: “Ha ke ea tšimong, ho ne ho le boima haholo ho tsamaea sebaka se selelele e le hore ke fihle beseng.” Ho feta moo, morali enoa oabo rōna o ne a sa sebetse, ’me a rapela Jehova ka tieo hore a mo thuse. Tumellanong le lithapelo tsa hae, o ile a iphelisa ka ho rekisa lintho tsa rokoche le mabenyane a entsoeng ka letsoho. Ka mor’a moo o ile a re: “Ke ile ka kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela, ’me barab’abo rōna ba ntšehetsa ba ba ba nkhothatsa. Seo se ile sa nthabisa haholo!”
Ka April Morali’abo rōna Toshi oa Japane ea lilemo li 101, e ile ea e-ba pula-maliboho ea thusang ea chesehang. Kaha ha a khone ho tloha moo a lulang teng, o bolela litaba tse molemo ka ho ngola mangolo le ka ho pakela basebetsi ba tlang phaposing ea hae. Toshi o re: “Kaha ha ke utloe hantle litsebeng, kea hoeletsa ha ke bua. Ka lebaka leo, le batho bao ke sa bueng le bona baa nkutloa.”
Felix, e leng mor’abo rōna oa Costa Rica ea holofetseng maoto le matsoho, o ile a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho ea thusang. Empa o ne a ka khona ho etsa seo joang? Barab’abo rōna ba ile ba mo behela tafole ea lingoliloeng ka pel’a ntlo ea hae e le hore a pakele batho ba fetang ka tsela. Ha khoeli eo e fela Felix o ne a khathetse, empa a khatholohile moeeng a bile a thabetse hore ebe o ile a qala lithuto tsa Bibele tse ’nè.
Bahoeletsi ba bangata ba bacha le bona ba ne ba labalabela ho kenya letsoho mosebetsing ona o khethehileng ka April. Ka mohlala, bana ba bang ba Spain, e leng Sandra ea lilemo li 11 le khaitseli ea hae e lilemo li 7 e bitsoang Alejandro, ba ne ba batla ho eketsa tšebeletso ea bona ea tšimo. Kaha Sandra le Alejandro ba ne ba tsositsoe molota ke cheseho ea phutheho ea habo bona le mohlala oa batsoali ba bona ba chesehang, ba ne ba batla ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Leha ho le joalo, ba ne ba ka khona ho etsa seo joang ba sa kolobetsoa? Ba ile ba iketsetsa kemiso ea ho sebetsa nako e lekanang le ea batsoali ba bona tšimong, ’me nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ba ne ba lokisetsa tšebeletso ka hore ba ikoetlisetse ho bua le batho. Batsoali ba bona ba ne ba nahana hore bana bao ba tla khathala ha khoeli e ntse e ea. Empa bahoeletsi bana ba babeli ba banyenyane ha baa ka ba tsilatsila ho hang. Ka la 30 April, bohle ka lapeng ba ne ba finyeletse sepheo sa bona sa lihora tse 30 haese Alejandro, ea neng a saletse morao ka lihora tse tharo. Kahoo o ile a tsoa le ntate oa hae letsatsing la ho qetela e le hore a finyelle sepheo sa hae khoeling eo. Ba ne ba thabetse ho ba maphathaphathe tšebeletsong hape ba khotsofetse hobane ba sebelitse hammoho e le lelapa!
Jean o re: “Ke ne ke rapela kamehla hore ’na le monna oa ka Philip re khone ho qeta lihora tse 30 re bolela litaba tse molemo.” Leha ho le joalo, Philip, eo e bileng molebeli oa setereke ho fihlela a holofala ka lebaka la ho ruruha mothapo oa mali o bokong, o sepetlele Spain ’me ha a khone ho tsamaea le ho bua. Tsela feela eo a neng a bua ka eona ke ho panya hang ho bontša hore o lumellana le taba le ho panya habeli ho bontša hore ha a lumellane le eona.
Jean o tsoela pele o re: “Ha ke mo bolella ka bopula-maliboho bo thusang, o ile a bontša hore le eena a ka rata ho ba pula-maliboho.” Empa o ne a tla finyella sepheo sa hae joang?
Ho ne ho fetile likhoeli Jean le Philip ba pakela bakuli, litho tsa lelapa tse tlil’o mo bona le basebetsi ba sepetlele. Jean o re: “Ka April re ile ra rera ho nka hora ka letsatsi re paka ka phaposing eo Philip a leng ho eona ha a sa robala ’me a ka khona ho kopanela moqoqong ka hore a panye.”
Leha ho le joalo ka March, Philip o ile a isoa phaposing ea hae a le mong. Empa eena le Jean ba ’na ba khomarela kemiso ea bona ka hore ba qete metsotso e mengata ba buisana le basebetsi ba sepetlele ka linako tse sa tšoaneng motšehare. Mooki e mong ea ileng a amohela buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? o ile a sheba Philip mahlong eaba o tšepisa hore o tla tla letsatsing le latelang ho tla bala mangolo. Ha mooki eo a khutla, Jean o ile a re a bale Johanne 17:3 eaba o mo botsa hore na e bolela’ng. Ha ba ntse ba tsoela pele ho ithuta le eena ka tsela ena, Philip o ne a bontša ka ho panya hore na o nepile kapa che. Esita leha mooki eo a ne a sa sebetse ka phaposing eo Philip a leng ho eona, o ne a mo fapohela ho tla mo tiisetsa hore o kōpa Jehova a mo thuse ho atamela ho Eena.
Bahlanka ba Jehova ba talima mosebetsi ona o eketsehileng e le tsela eo ba bontšang ka eona hore ba rata baahelani ba bona, ba ananela sehlabelo sa Jesu Kreste ebile ba inehetse ho Ntate ea leholimong. Ba letetse March 2012 e le hore ba boele ba be le monyetla oa ho sebetsa lihora tse 30 kapa tse 50 tse tla beng li hlokahala khoeling eo.
LIKOLO TSE RE RUTANG LITSELA TSA JEHOVA
Mokhatlo oa Jehova o nka ka botebo boprofeta ba Esaia 2:3 bo reng, “Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae.” Ka mohlala, ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa, sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se ile sa hlokomela hore ho sa ntse ho hlokahala hore batho ba lichaba tsohle ba rutoe ke Jehova pele bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Satane bo fihla. Kahoo ho ile ha lokisetsoa likolo tse kang Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Morao tjena, Sehlopha se Busang se entse liphetoho tse ling likolong tse ’maloa tse fanang ka koetliso e khethehileng.
Ka October 2010, lebitso la Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi le ile la fetoloa hore e be Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha ba tla tsoela pele ho koetlisoa sekolong sena se nkang likhoeli tse peli. Ho fihlela joale, ba 37 445 lefatšeng lohle ba ruile molemo thutong ena, ’me ba bangata ke bo-pula-maliboho, balebeli ba tsamaeang, baromuoa le litho tsa lelapa la Bethele.
Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste ke sekolo se secha se nkang likhoeli tse peli se qalileng ka July 2011 ’me hona joale se sa ntse se tšoareloa Patterson, New York. Banyalani ba tsebang Senyesemane ke bona ba ka kōpang ho ea sekolong sena haeba ba le pakeng tsa lilemo tse 25 le 50, ba phela hantle, bonyane ba qetile lilemo tse peli ba nyalane, ba bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse peli tse latellanang, ’me monna a qetile lilemo tse peli tse latellanang e le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang. Ho tloha ka 2012, Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste se tla tšoareloa libakeng tseo hona joale ho tšoareloang Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha.
Morero oa Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste ke ho fa banyalani koetliso e khethehileng e le hore ba ka sebelisoa ka botlalo ke Jehova le mokhatlo oa hae. Ba bangata ba koetlisitsoeng sekolong sena e tla ba bo-pula-maliboho ba kamehla moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng linaheng tsa habo bona. Leha ho le joalo, ba ’maloa ba tla abeloa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana athe ba bang ba tla be ba koetlisetsoe mosebetsi oa potoloho. Ba seng bakae ba ka ’na ba isoa linaheng tse ling haeba ba tšoaneleha ebile ba khona.
Ba kōpang ho ea sekolong sena e lokela ho ba batho ba hōlileng tsebong ’me ba e-na le moea oa boitelo. Barupeli ba Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha ke bona ba tla ruta sekolong sena se secha ’me lithuto tsa likolo tsena li batla li tšoana. Ho na le likarolo tse seng kae tse tla rutoa barab’abo rōna feela ha basali ba bona ba ntse ba le tšimong. Ba thahasellang ho ea sekolong sena ba tla bolelloa lintho tse ling tse hlokahalang ha ba le libokeng tse tla tšoaroa likopanong tsa setereke.
Sehlopha se Busang se entse liphetoho Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ho tloha tlelaseng ea bo132 e qalileng ka la 24 October, 2011, ho koetlisoa feela banyalani ba seng ba ntse ba le tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng, ba kang baromuoa ba tšimong ba e-s’o ee Gileade, bo-pula-maliboho ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang le basebeletsi ba Bethele. Haeba banyalani ba tseba ho bua Senyesemane le ho se ngola, Komiti ea Lekala ea habo bona e ka ’na ea ba buella hore ba ee sekolong sena.
Ba qetileng Sekolong sa Gileade ba tla fuoa likabelo tse tla thusa hore ho be le botsitso le katleho tlhophisong ea tšimo le ea makala, ebang ke ea ho ba baromuoa, balebeli ba tsamaeang kapa basebeletsi ba Bethele. Ba abetsoeng ho ea tšimong ba tla sebelisoa moo ho nang le baahi ba bangata e le hore ba khathe tema e khōlō mosebetsing oa boboleli le mesebetsing ea phutheho. Likomiti Tsa Makala li ka tsoela pele ho kōpa hore li fuoe ba qetileng Sekolong sa Gileade haeba ba hlile ba hlokahala tšimong. Li ka boela tsa buella ba leng tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng tšimong ea lekala ba tšoanelehang hantle hore ba ee Sekolong sa Gileade. Maemong a mang, Likomiti Tsa Makala li ka ’na tsa kōpa hore ba qetileng sekolong sena ba khutlele linaheng tsa habo bona.
Sekolo sa Barab’abo Rōna ba Komiti ea Lekala le Basali ba Bona se tla tšoareloa Patterson ka Senyesemane habeli ka selemo. Ka linako tse ling ho tla mengoa le litho tsa Komiti ea Naha. Litho tsa Komiti ea Lekala tse ileng tsa ea sekolong sena nakong e fetileng li tla mengoa ka lekhetlo la bobeli ’me li ithute le barab’abo rōna ba qalang ho ea. Basali ba litho tsa Komiti ea Lekala ba tla ithuta le banna ba bona litlelaseng tse ngata. Leha ho le joalo, ke barab’abo rōna feela ba tla ba teng litlelaseng tse ling tse amanang le tsamaiso ’me basali ba bona ba tla be ba ntse ba etsa mesebetsi e sa tšoaneng ea Bethele.
Ho phaella moo, Sekolo sa Balebeli ba Tsamaeang Hammoho le Basali ba Bona se tla tšoareloa Patterson habeli ka selemo. Hona joale litlelaseng tse tšoareloang United States ho kenyelletsoa barab’abo rōna ba kileng ba ea sekolong sena; ’me ba etsa hoo e ka bang halofo ea tlelase ka ’ngoe. Basali ba balebeli ba tsamaeang ba tla mengoa hore ba be teng litlelaseng tse ngata.
Ruri batho ba Molimo ba thabela ho sebelisa monyetla ona oa hore re rutoe ke Jehova! Jesu o ile a re: “Ho ngoliloe Baprofeteng, ‘’Me kaofela ba tla rutoa ke Jehova.’” (Joh. 6:45; Esa. 54:13) Re kholisehile hore liphetoho tsena li tla etsa hore mosebetsi oa boboleli o potlake le ho feta lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona pele bofelo bo tla.
TŠISINYEHO E KHŌLŌ EA LEFATŠE JAPANE
Litlaleho tsa litaba tse tsoang lefatšeng lohle li phatlalalitse likoluoa tse ngata tsa tlhaho tse etsahetseng ka sekhahla, tse kang litšisinyeho tsa lefatše, li-tsunami, lifefo tse matla, maholiotsoana, likhohola, mollo o sa laoleheng le ho foqoha ha seretse se chesang. Le hoja re ke ke ra ngola litlaleho tsohle tse amanang le likoluoa tsa morao tjena, tsela eo barapeli-’moho le rōna ba Japane ba ileng ba etsa lintho ka eona, ke mohlala o motle oa hore Lipaki Tsa Jehova li sebete ha li sebetsana le mathata a joalo.
Ka Labohlano la la 11 March, 2011, ka 2:46 thapama, Japane e ile ea hlaseloa ke tšisinyeho ea lefatše e boholo ba 9,0 sekaleng sa Richter. Li-tsunami tse ileng tsa latela ka mor’a moo li ile tsa ripitla litoropo le metse e mengata e haufi le lebōpo la Leoatle la Pacific. Palo ea batho ba shoeleng kapa ba e-s’o fumanoe e ka ba 20 000. Sebakeng se anngoeng ke koluoa ena, Liholo Tsa ’Muso tse ’nè li ile tsa soahlamana ’me tse ling tse ’nè tsa senyeha hoo li neng li ke ke tsa sebelisoa. Matlo a 235 a bara le barali babo rōna a ile a hoholoa ke metsi, a mang a senyeha hampe ’me ho hlokahala hore a fetang sekete a lokisoe.
Tšisinyeho eo ea lefatše le li-tsunami li ile tsa senya seteishene se fehlang motlakase ka nyutlelie hoo se ileng sa ntša mahlaseli a kotsi. ’Muso o ile oa ntša taelo ea hore baahi ba metseng e haufi le moo ba tsoe ka potlako, ’me bosiung boo, boholo ba eona ea sala e se na baahi. Bara le barali babo rōna ba liphutheho tse peli tsa sebakeng seo, le bona ba ile ba tlameha ho baleha.
Har’a bara le barali babo rōna ba fetang 14 000 ba libakeng tse ngata tse anngoeng ke koluoa ena, ba 12 ba ile ba hlokahala, ba 5 ba lemala hampe; ba 2 ba ntse ba e-s’o fumanoe. Ba bangata ba ileng ba pholoha tlokotsi eo ba ile ba iphumana ba se na mahae le thepa, ’me boholo ba bona bo shoetsoe ke baratuoa.
Kiyoko oa motseng oa Ofunato o re: “Ke ile ka atleha ho palamisa ’mè oa ka ea holofetseng koloi, eaba re leba moo re ka sireletsehang. Ka ntan’o utloa ho nkha mosi. Ha ke theoha koloi, ke ile ka bona leqhubu le leholohali la metsi le pupetsa ntlo eso. Eaba metsi a tla a re tobile! Ka thusa ’Mè hore re hloelle borokhong ba terene ka potlako. Koloi eso e ile ea hoholoa ke metsi re ntse re e shebile.”
Ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, mor’abo rōna e mong e mocha ea bitsoang Koichi o ile a leka ho ea lapeng habo motseng oa Ishinomaki, o bohōle ba lik’hilomithara tse hlano ho tloha lebōpong la leoatle. Leha ho le joalo, ha a atamela o ile a bona hore sebaka seo kaofela se koahetsoe ke metsi. O re: “Ke ne ke sitoa ho ea pele hobane ke se na sekepe.” Libeke tse tharo ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, o ile a fumana ntate oa hae ’moshareng, ’me a fumana setopo sa ’mè oa hae ka mor’a libeke tse tharo.
Nakoana ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, Masaaki oa motseng oa Shichigahama o ile a paka koloi ea hae Holong ea ’Muso e bohōle ba k’hilomithara ho tloha leoatleng. Masaaki o re: “Ke ile ka fumana morali’abo rōna ea neng a balehetse moo. Ke ne ke sa nahane hore tsunami e ka fihla hōle hakaalo. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana ke ha ke bona metsi a matšo a koahetse lefatše! Likoloi tsa rōna li ile tsa qala ho phaphamala. Eaba ke bula fensetere ke hloella ka holim’a koloi, empa koloi ea morali’abo rōna e ile ea hoholeha eaba ea nyamela! Ka ntan’o rapela Jehova hore a mo thuse.
“Lehloa le ne le khetheha, ’me ke le metsi ke re tee! ke bile ke qhaqhasela. Eaba lea emisa, empa moea o bata po! Ka mor’a nakoana letsatsi le ile la likela ’me shoalane ea tšoara. Linaleli li ne li phatsima ’me li le ntle. Ke ne ke eme ka holim’a koloi ea ka, e neng eka ke sehlekehleke ka metsing a leqhoa. Batho ba bang le bona ba ne ba tsielehile ’me ba le holim’a maloanlahla a pakellaneng le holim’a matlo. Ke ne ke ipotsa hore na le tla chaba ke ntse ke phela. E le hore ke ikhothatse, ke ile ka fana ka puo ea phatlalatsa eo ke neng ke ntse ke e hopola hobane ke fane ka eona libekeng tse peli pele ho moo. E ne e e-na le sehlooho se loketseng se reng: ‘U ka Fumana Thuso Hokae Linakong Tsa Mahlomola?’ Ka mor’a moo, ke ile ka bina pina e le ’ngoe feela eo ke neng ke e tseba ka hlooho: ‘Ntate, Molimo oa ka, Motsoalle.’ Ke ile ka e bina ke sa tsoa e bina. Ho sa le joalo, ka nahana ka tšebeletso ea ka ho Jehova, eaba likeleli li qala ho keleketla.
“Motho e mong ea neng a lula ntlong e ka mose ho seterata o ile a hoelehetsa, a re, ‘U se ke ua tšoenyeha. Kea tla hona joale ke tl’o u thusa!’” Monna eo o ne a entse seketsoana ka mapolanka a khonang ho phaphamala ’me a ntse a pholosa batho sebakeng seo. O ile a pholosa Masaaki eaba o khona ho kena ka tlung ea motho e mong ka fensetere e mokatong oa bobeli. Hamorao o ile a ikutloa a imolohile ha a utloa hore morali eane oabo rōna ea neng a le ka koloing e ’ngoe le eena o ile a pholoha.
Kohei le Yuko ba ne ba thabile ha ba ntse ba letetse lechato la bona le neng le tla tšoareloa Holong ea ’Muso ea Rikuzentakata ka Moqebelo oa la 12 March. Tšisinyeho ea lefatše e ile ea qala ha ba qeta ho ngolisa lenyalo la bona ka molao ka Labohlano holong ea motse. Kohei o ile a utloa ho phatlalatsoa temoso ea hore ho tla ba le tsunami motseng oo eaba o balehela sebakeng se phahameng. O re: “Ke ile ka bona motse oohle o koahetsoe ke moholi. Ho ne ho sa sala letho haese mehaho e ’maloa e meholo. Ke ne ke sa ntse ke tšoenyehile ka lintho tseo re neng re rerile ho li etsa hamorao letsatsing leo, empa ka mor’a nakoana ka bona hore ho etsahetse ntho e tšosang.”
Kohei le Yuko ba ile ba qeta letsatsi la Moqebelo ba thusa bara le barali babo rōna ka phuthehong. O re: “Re ile ra fumana liphallelo tse tsoang liphuthehong tse haufi. Ka utloa monate ha mosali oa ka a bolela kamoo a thabileng kateng ha a sebelisitse nako ea hae le matla a thusa barab’abo rōna. Eaba ke leboha Jehova ha a mphile molekane ea babatsehang hakaalo. Tsunami e ile ea hohola lehae la rōna le lecha, koloi hammoho le thepa eohle. Empa ka sebele ke leboha lerato leo barab’abo rōna ba re bontšitseng lona.”
Ba Phalleloa Nameng, Moeeng le Maikutlong. Lekala la Japane le ile la nka bohato ka potlako, la hlophisa Likomiti tse tharo Tsa Liphallelo ’me ka makhetlo-khetlo la romela baemeli ba lekala sebakeng seo se anngoeng ke koluoa. Ka May, Geoffrey Jackson le Izak Marais ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatše lohle ba ile ba etela Japane e le balebeli ba etelang makala, ’me le bona ba kopana le bara le barali babo rōna ba lulang sebakeng se seng ho tse neng li senyehile ka ho fetisisa. Ho ile ha lokisetsoa seboka se khethehileng sa liphutheho tse amehileng ’me barab’abo rōna ba 2 800 ba bokaneng Liholong Tsa ’Muso tse 21 tse hokahantsoeng ka thelefono ba kholisoa hore mokhatlo oa barab’abo rōna oa lefatše ka bophara oa ba rata ebile o amehile ka bona.
Likomiti Tsa Liphallelo le baithaopi ba bang ba ile ba tšoareha mosebetsing oa ho aba liphallelo. Ho ne ho hlokahala lijo, metsi le libeso ka potlako. Likomiti tsa liphallelo li ile tsa boela tsa lokisetsa ho romela liaparo tse ngata liphuthehong tse amehileng. Liaparo tsena li ile tsa fanyehoa libakeng tseo ho kopaneloang ho tsona ’me ha behoa liipone e leng se ileng sa etsa hore ka nakoana libaka tsena li shebahale joaloka mabenkele a liaparo.
Bara le barali babo rōna ba anngoeng ke koluoa eo ba ananela tsela eo Jehova a ileng a ba hlokomela ka eona nameng le maikutlong! Liboka tsa Bokreste ke tsona tse neng li hlile li ba matlafatsa. Ha morali’abo rōna e mong oa sebakeng sa koluoa a ngola o re: “Ha ke le libokeng ke ikutloa ke e-na le khotso. Ke tsona tse ’matlafatsang moeeng.”
Molaetsa o Khothatsang. Barab’abo rōna ba Japane ba ile ba potlakela ho tšelisa baahelani ba bona ba mahlomoleng ka Lentsoe la Molimo. Bahoeletsi ba ’maloa ba lulang motseng o sa angoang ke koluoa ena ba ile ba etsa qeto ea ho ea paka seterateng ba nkile boto e khōlō e ngotsoeng, “Ke Hobane’ng ha ho E-na le Likoluoa? Karabo e ka Bibeleng.” Batho ba bangata ba ne ba rata ho tseba karabo ’me ka letsatsi le halofo feela barab’abo rōna ba tsamaisa libuka tse 177 tsa Seo Bibele e se Rutang.
Libakeng tse anngoeng ke koluoa, Lipaki ke tsona tsa pele tse ileng tsa etela batho bao li ithutang Bibele le bona le lipoelo hammoho le baahelani ho ea ba tšelisa. Akiko o re: “Ha ke balla motho e mong Matheu 6:34, o ile a lla. Ho bonahala ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse mo tšoentseng. Ha ke mo hlalosetsa kamoo Bibele e re thusang kateng hore re lule re khobile matšoafo, hang-hang o ile a lumellana le seo ’me a leboha. Sena se ile sa etsa hore ke boele ke ananele kamoo Mangolo a nang le matla a ho ama batho lipelo.”
Monna e mong o ile a re: “Ho na le malumeli a mangata, empa ke lōna feela ba tlileng ho rōna esita le maemong ana a tšohanyetso.” E mong eena o ile a bua ka tlhompho a re, “Hoa hlolla hore ebe le tsoela pele ka mosebetsi oa lōna ka tsela e tloaelehileng le har’a maqakabetsi ana.” Moholo e mong o ile a re: “Ba bangata baa re amohela ha re ba etela. Ba re, ‘Ke lōna ba pele ba ho re etela esale ho e-ba le koluoa ena. Re kōpa hore le khutle.’”
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Lipuo Tse 106!
Labohlano la la 15 July, 2011, e bile letsatsi la bohlokoa Latvia le Lithuania ’me ho ile ha etsahala ntho e khōlō paleng ea batho ba Molimo linaheng tseo. Barab’abo rōna ba ile ba hokela linaha tseo tse peli ha Stephen Lett eo e leng setho sa Sehlopha se Busang a lokolla Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Selatvia le Selithuania, e leng se ileng sa etsa hore phetolelo ena ea Bibele e fumanehe ka lipuo tse 100. Lilemong tse fetileng tse supileng, Sehlopha se Busang se ile sa etelletsa pele mosebetsi oa ho fetolela Bibele. Ka lebaka leo, palo ea lipuo tseo Phetolelo ea Lefatše le Lecha e neng e hatisitsoe ka tsona ka 2004, hona joale e se e imenne habeli, ’me bafetoleli ho pota lefatše ba tsoela pele ho sebetsa ka thata e le hore ba fetolele Bibele ka lipuo tse ling hape.
U ka inahanela hore na barab’abo rōna ba thaba hakae ha ba fumana Bibele ka lipuo tsa habo bona! Mor’abo rōna e mong oa Central African Republic o re: “Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho ba le Bibele le ho e utloisisa ka puo ea heno, ’me ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Sesango e finyella pelo ea ka. Ha ke bala Likosepele, ekare ke bona batho bao ke balang ka bona ka Bibeleng ebile ke utloisisa maikutlo a bona.” Morali e mong oabo rōna oa Ethiopia o ile a bolela maikutlo a ba bangata ha a re: “Ha ke tsebe hore na ke re’ng ha ke leboha. Ke ne ke lula ke rapela Jehova hore a re fe Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka puo ea habo rōna. Kajeno o mphile eona!”
Litlaleho Tse Tsoang Lefatšeng Lohle
Motho ea Mabifi o Koaloa Molomo Russia. Morali e mong oabo rōna ea hōlileng ea bitsoang Vera, o bile le mathata ka nako e telele a bakoang ke moahelani e mong oa hae ea neng a sa rate Lipaki Tsa Jehova. Monna eo o ne a sokela Vera a bile a mo hlapaola mahlong a litloholo tsa hae tse neng li mo etela khafetsa. Kaha Vera o ne a lula a nahana ka mantsoe a Baroma 12:18, kamehla o ne a mo araba ka bonolo a sa ngangisane le eena. Ka January 2011, moahelani enoa o ile a hla a befa. Ha Vera a bona hore o tla tsoa kotsi, a bolella lepolesa la moo ’me ho thahasellisang ke hore le ne le ile ha hae ka March 2010 le ofisiri e ’ngoe ea ’muso. Ba ne ba tlil’o hlahloba hore na eena le Lipaki tse ling tse kopanelang lapeng ha hae hase litho tsa bolumeli bo fetelletsang litaba. Leha ho le joalo, lekhetlong lena lepolesa le ile la bona hore hantle-ntle ke mang ea bakang mathata. Le ile la omanya moahelani oa Vera la ba la mo lefisa liruble tse 3 000 (e leng chelete e ka etsang R800) ka lebaka la litšokelo tsa hae. Ka mor’a moo, ha hoa ka ha hlola ho e-ba le bothata pakeng tsa hae le moahelani eo. Vera o ile a ngolla lefapha la sepolesa lengolo la teboho ho bontša hore o ananela seo le mo etselitseng sona. O ile a makala ha a fumana karabo e tsoang ho mookameli oa mapolesa ea neng a leboha hore ebe Vera o bile mosa ha a bua ka lepolesa le ileng la mo thusa. Lengolo la mookameli eo le ne le boetse le re: “Mantsoe a mosa ao u a buileng nakong ena eo batho ba bangata ba buang mapolesa hampe a bontša hore ua a tšepa.” Vera o re hona joale lepolesa leo le mo hlola joalo-joalo ho tiisa hore lintho li tsamaea hantle.
“Motho ea Phuthang Lithōle” Turkey. Batho ba babeli ba neng ba sa tsoa qala ho ithuta Bibele ba ile ba e-ba teng kopanong ea setereke. Ba re: “E ne eka rea lora. Batho bohle ba ne ba bososela, ba le botsoalle ba bile ba le mekhoa e metle. Nakong ea khefu ea motšehare, re ile ra tsamaea hohle sebakeng sa kopano ’me re sa ikutloe re le mekhelo. Eaba mor’abo rōna ea ithutang Bibele le rōna oa atamela. O ne a nkile polasetiki ea lithōle. Re ile ra leka ho mo koekoetla hobane re nahana hore mosebetsi oa hae ke ho phutha lithōle, ’me re sa rate ho nkoa re le metsoalle ea motho oa maemo a tlaase ea phuthang lithōle. Kahoo ra tjeka hona moo eaba re leka ho ipata har’a letšoele re ntse re re ka pelong, ‘Ke hobane’ng ha re rutoa Bibele ke motho eo ea phuthang lithōle batho ba le bangata hakaale ba fanang ka lipuo sethaleng?’
“Leha ho le joalo, ha re ntse re tsoela pele ho ithuta, re ile ra tseba hore motho eo ea re khannelang thuto, eo re neng re nahana hore mosebetsi oa hae ke ho phutha lithōle, e ne e le setho sa Komiti ea Lekala ’me a sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra hatela pele ’me ra nehela bophelo ba rōna ho Jehova, kahoo re se re utloisisa hore ka boikokobetso mor’abo rōna o ne a itšoara joaloka ‘e monyenyane.’ (Luka 9:48) Ruri re ananela thuto ea bohlokoa eo re ithutileng eona kopanong ea pele eo re bileng ho eona.”
Ho Hasoa Mashano Armenia. Letšolo la ho neta Lipaki Tsa Jehova ka mashano le ile la qala mecheng ea litaba ka mor’a hore ho jaloe mashano a hore mohlankana ea bolaileng batsoali ba hae motseng oa Sevan ke Paki ea Jehova. Barab’abo rōna ba ile ba bolella mecha ea litaba kapele hore polelo eo ke leshano. Leha ho le joalo, e ile ea tsoela pele ka leshano leo, ’me ha etsoa tlaleho e khethehileng thelevisheneng e tiisang hore mohlankana eo ke Paki ea Jehova. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa rohakoa tsa ba tsa nyefoloa, ’me nakong ea lenaneo leo ha hlaha mongolo o reng, “Babolai ba Khopo ba Sebelisoang ke Jehova ba sa Tsebeng Moo ba Emeng Teng.” Bashebelli ba ile ba ba ba khothalletsoa hore ba otle Lipaki ha li ba etela. Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlouoa haholo naheng eo kaofela. Barab’abo rōna ba ile ba qosa seteishene seo sa thelevishene ka morero oa hore se hule mantsoe ao a khelosang batho, se ikōpele tšoarelo se be se lefisoe ka lebaka la ho re senya lebitso. Ha ho hatisoa Buka ea Selemo ea 2012, seteishene seo sa thelevishene se ne se e-s’o hule mantsoe, empa ho ntse ho buisanoa hore ho rarolloe taba ena ka tsela e botsoalle.
Baenjiniere ba Venezuela ba ka Moso. Hoseng ho hong le ho hong toropong ea San José de Guaribe, sehlopha sa bana se ne se feta setšeng sa Holo ea ’Muso e ntseng e hahuoa ha se ea kereche. Bana bao ba ne ba atisa ho ema ebe ba nka nako ba shebeletse, kaha ba ne ba thahasella mosebetsi o etsoang. Ka letsatsi le leng ha ba le ka tlelaseng, tichere e ile ea ba botsa hore na ba batla ho etsa’ng ha ba hōla. E ile ea makala ha ba bangata ba araba ka hore ba batla ho ba “baenjiniere joaloka Lipaki Tsa Jehova”! Kaha tichere eo le e ’ngoe ba ne ba rata ho tseba se eketsehileng, ba ile ba rera ho isa bana bohle ka tlelaseng eo setšeng. Ha ba fihla, batho ba sebetsang kahong ba ile ba bontša baeti bana ba bona mohaho. Bana bao ba ile ba nyakalla, haholo-holo hobane ba lumeletsoe ho roala makarapa a mebala-bala. Matichere a ile a botsa lipotso tse ngata ’me ha fanoa ka bopaki bo botle.
Ho Hatisoa Limakasine Tse Eketsehileng Canada. E le hore thepa e nehetsoeng e ka sebelisoa ka tsela e molemo ka ho fetisisa, Sehlopha se Busang se ile sa kōpa lekala la Canada hore le hatise limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ’me le li romele liphuthehong tsohle tsa Bermuda, Guyana, Canada, United States le boholo ba lihlekehleke tsa Caribbean. Ka lebaka leo, qalong ea selemo sa tšebeletso sa 2011, lekala la Canada le ile la eketsa khatiso ea lona ea limakasine ka makhetlo a 12. Hona joale Canada e hatisa limakasine ka lipuo tse 30, e leng hoo e ka bang kotara ea limakasine tse hatisoang lefatšeng lohle.
Baahelani ba Lekala la Finland ba Memeloa ho Tla Bona Mehaho. Sehlopha se Busang se ile sa lumella barab’abo rōna hore ba hlophise letšolo le khethehileng la ho bolella batho ka Lipaki Tsa Jehova le molaetsa oo li ’nileng tsa o bolela ka lilemo tse lekholo Finland. Ka cheseho barab’abo rōna ba ile ba aba makasine ea Tsoha! ea August 2010 eo sehlooho sa eona se reng “Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang?” Sena se ileng sa fella ka hore ba buisane le batho ba bangata ka mosebetsi oa rōna. Eaba mafelong a August, barab’abo rōna ba lokisetsa hore ho mengoe baahelani bohle ho tla bona mehaho ea ofisi ea lekala. Lelapa lohle la Bethele le ile la kenya letsoho mosebetsing oa ho hlalosetsa baeti hore na ho etsoa’ng moo. Le ile la lokisetsa hore ho be le litšoantšo tse hlalosetsang baeti mosebetsi oa rōna. Basebeletsi ba bang ba Bethele ba ile ba apara joaloka bahoeletsi ba lilemong tsa bo-1940 le bo-1950, ba beha lipolakate ka pele le ka morao ho bontša kamoo lipuo li neng li phatlalatsoa kateng ka nako eo. Mafapha a mangata a ne a lokisitse limphonyana tseo a tla li fa baeti. Ho ile ha e-ba le baeti ba ka bang 1 500 letsatsing leo. Ka mor’a moo likoranta, seea-le-moea le TV li ile tsa tlaleha mosebetsi o motle oo re o etsang.
Morusu o Bileng Teng Côte d’Ivoire. Mathoasong a selemo sa tšebeletso sa 2011, ho ne ho e-na le tšepo ea hore ho tla boela ho be le keketseho hobane bahoeletsi ba 8 656 ba ne ba khanna lithuto tsa Bibele tse 23 019. Leha ho le joalo, mafelong a November 2010, naha e ile ea apareloa ke meferefere le merusu hobane batho ba sa khotsofalla sephetho sa likhetho. Ho ile ha latela ntoa e ileng ea namela motse-moholo Abidjan ka March, ’me ea tsoela pele ho fihlela ka April 2011, e leng se ileng sa etsa hore baahi ba bangata ba balehe motseng oo hammoho le naheng ea habo bona. Har’a bona ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba bangata, ba ileng ba tsamaea ka maoto ’me ba siea matlo a bona le thepa.
Nakong ena ea mathata, hangata barab’abo rōna ba ne ba sireletsoa ke ho se nke lehlakore. Ka lekhetlo le leng, masole a ile a kena sekolong sa mathomo moo matichere le baeletsi ba bana ba neng ba tšoaretse thupelo teng. A ile a laela hore motho e mong le e mong a paqame fatše ’me a fane ka thepa ea hae ea bohlokoa. Ha mor’abo rōna a fa masole ao mokotlana oa tšimo o tšetseng lingoliloeng, a ile a elelloa kapele hore ke Paki ea Jehova. Eaba a o khutlisa hammoho le chelete ea hae le selefouno ’me a re: “Uena u ke ke ua re ntša kotsi.”
HO NEHELOA HA MAKALA HO TLOTLISA MOLIMO
Ka la 18 December, 2006, ho ile ha thakholoa mosebetsi oa ho atolosa lekala la Chile. Ha hahoa mohaho oa liofisi o mekato e ’meli, oa bolulo o mekato e meraro ha ba ha atolosoa sebaka seo ho bolokoang thepa ho sona. Ka la 16 October, 2010, ho ne ho e-na le batho ba 5 501 lenaneong la ho nehela mehaho eo, ’me David Splane oa Sehlopha se Busang a fana ka puo ka Sepanishe.
Ka la 19 February, 2011, ho ne ho e-na le batho ba 210 ha ho neheloa mehaho e atolositsoeng ea ofisi ea naha, Burkina Faso. John Kikot oa ntlo-khōlō o ile a fana ka puo ea nehelo. Mosebetsi oa boboleli naheng ena o ne o tsamaisoa ke lekala la Côte d’Ivoire ho fihlela ha Burkina Faso e oela tlas’a lekala la Benin ka May 2011. Boitšoaro bo botle ba batho ba neng ba sebetsa kahong bo ile ba etsa hore batho ba bangata ba rorise lebitso la Jehova. Mosebetsi e mong oa k’hamphani e khōlō e neng e isa thepa setšeng o itse: “Ho ne ho se na batho ba etsang lerata. Ha re e-s’o sebelisane le lihahi tse imametseng le tse thabileng hakana.”
E ne e le thabo feela ha ofisi e ncha ea lekala la Hong Kong e neheloa ka la 27 August, 2011. Liofisi tse ncha li mokatong oa bo19 mohahong o mekato e 37 o okametseng Boema-kepe ba Victoria. (Sheba letšoao le li supang ka tlaase mona.) Stephen Lett oa Sehlopha se Busang ke eena ea ileng a fana ka puo ea nehelo e neng e mametsoe ka hloko ke batho ba 290 ba lutseng sebakeng sa ho jela, sa thomello le liofising. Liofisi tse ncha li ile tsa etsa hore mafapha a latelang a be le sebaka se seholoanyane seo a ka sebeletsang ho sona: La Phetolelo, la Tšebeletso, la Audio/Video, la Ho Reka, la Thomello le la Liak’haonte.
LITABA TSA MOLAO
Moprofeta Jeremia ea tšepahalang o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore Molimo ea Matla ’Ohle a ke ke a mo lahla le ka mohla. Jehova o ile a re: “Ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla. Etsoe ke na le uena, ho u pholosa le ho u lopolla.” (Jer. 15:20) Joalokaha tlaleho e latelang e bontša, Jehova o ile a thusa le bahlanka ba hae ba kajeno hore ba bolele litaba tse molemo le hoja ba hanyetsoa.—Mat. 24:9; 28:19, 20.
Armenia: Mor’abo rōna Vahan Bayatyan o ile a ahloleloa ho hlola chankaneng lilemo tse peli le halofo hobane a hanne ho ea bosoleng ka lebaka la letsoalo. Ka mor’a hore a hlōloe ke nyeoe makhotleng a Armenia ’me boipiletso ba hae bo qhaloe, nyeoe ea hae e ile ea mameloa Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho (European Court of Human Rights [ECHR]). Ka la 27 October, 2009, baahloli ba supileng ba ECHR ba ile ba tšehetsa qeto ea makhotla a Armenia eaba Vahan Bayatyan o hlōloa ke nyeoe. Leha ho le joalo, moahloli ea neng a sa lumellane le baahloli ba bang, o ile a hlokomela hore kahlolo ea Lekhotla leo “ha e lumellane le melao ea Europe ea morao tjena e mabapi le ho hana ho ea bosoleng ka lebaka la letsoalo.” Kaha nyeoe ena ke ea bohlokoa, ECHR e ile ea lumela hore e fetisetsoe Moifong o Moholo oa lekhotla lena, o nang le baahloli ba 17.
Ka la 7 July, 2011, baahloli ba 16 ho ba 17 ba ile ba etsa qeto ea hore Armenia e hataketse tokelo ea Mor’abo rōna Bayatyan ea ho iketsetsa liqeto ka bolokolohi ho latela letsoalo la hae. Lekhotla le ile la re “ha ho na lebaka la ho belaela hore motho enoa ea ipiletsang o hanne ho ea bosoleng hobane a khomaretse ka tieo seo a se lumelang ’me se le khahlanong ka ho feletseng le boikarabelo boo a qobelloang ho bo phetha ba ho ea bosoleng.” Re tšepa hore kahlolo ena ea bohlokoa e tla etsa hore barab’abo rōna ba 69 ba koaletsoeng chankaneng Armenia, ba qetelle ba lokolotsoe, ’me e tla thusa le barab’abo rōna ba boemong bo tšoanang Azerbaijan le Turkey.a
Bulgaria: Ka la 17 April, 2011, batho ba fetang 100, ba akarelletsang basali, bana le ba hōlileng ba ne ba bokane ka khotso Sehopotsong sa lefu la Kreste Holong ea ’Muso motseng oa Burgas. Ka ntle ho ne ho e-na le banna ba ka bang 60 ba halefileng ba ileng ba betsa Lipaki tse neng li eme monyako ka majoe a maholo. Eaba mokhopi oo o leka ho itšohlometsa ka Holong ea ’Muso, empa barab’abo rōna ba o thibela ho kena. Ba ile ba bitsa mapolesa hang-hang, empa a lieha ho fihla. Tlhaselong eo, Lipaki tse ’maloa li ile tsa lemala ’me tse hlano tsa isoa sepetlele ka ambulense. Ho sa tsotellehe seo, phutheho e ile ea tsoela pele ho tšoara Sehopotso. E bile ntho e makatsang hore Lipaki Tsa Jehova li hlaseloe ka tsela eo ha ho nahanoa kamoo batho ba bangata ba Bulgaria ba li hlomphang kateng; ha e le hantle sena se entse hore barab’abo rōna ba buuoe hantle. Sehlopha se Busang se lokiselitse hore makala a 13 a tsebise liofisi tsa bonģosa tsa Bulgaria tse linaheng tsa habo ’ona ka tlhaselo eo. Ho tloha ka nako eo, ’muso oa Bulgaria o tšoetse tlhaselo eo ka mathe ’me mochochisi oa sebakeng seo o qositse batho ba robeli ba hlohlelelitseng ketso ena.
Korea Boroa: Lipaki Tsa Jehova tse fetang 800 li ntse li koaletsoe naheng ena hobane li hanne ho ea bosoleng ka lebaka la seo li se lumelang. Ho tloha ka 1950, Lipaki Tsa Jehova tse fetang 16 000 li ile tsa ahloleloa ho hlola lilemo tse fetang 31 000 chankaneng ka lebaka la ho hana ho ea bosoleng. Ke hobane’ng ha bahlankana ba bangata hakaale ba eme ba tiile joalo?
Mohlankana ka mong ea hanang ho ea bosoleng o iketsetsa qeto ho latela letsoalo la hae. Ka mohlala, ha Kim Ji-Gwan a le nyeoeng o ile a re: “Ke ile ka angoa ka ho teba ke lintho tseo Bibele e li rutang, ’me tse ling tsa tsona ke ho re ‘ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa’ le ho re ‘u rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Ke ile ka boela ka ithuta hore lerato le laoloang ke melao-motheo le ka re susumelletsa ho rata lira tsa rōna. Motheong oa mangolo ana le a mang le ka lebaka la lintho tseo ke li lumelang ka tieo, ke entse qeto ea ho hana ho ea bosoleng.”—Esa. 2:4; Mat. 5:43, 44; 22:36-39.
Hona joale bahlankana ba Korea Boroa ha ba fuoe monyetla oa ho etsa mosebetsi o mong oa sechaba. E le hore barab’abo rōna ba rarolle bothata bona, ba ile ba ipiletsa Lekhotleng la Korea la Molao oa Motheo mabapi le linyeoe tse leshome. Ka la 11 November, 2010, lekhotla le ile la mamela mabaka a akarelletsang hore Korea e hatakela litokelo tsa baahi ba eona ha e sa lumelle bao matsoalo a bona a ba hanelang ho nka lihlomo hore ba etse mosebetsi o mong.
Ho sa le joalo, ka la 24 March, 2011, Komiti ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng (United Nations Human Rights Committee [UNHRC]) e ile ea etsa qeto ea hore Korea Boroa e tlōtse melao ea litokelo tsa botho e amoheloang lefatšeng lohle ha e hlahletse Lipaki Tsa Jehova tse 100 chankaneng tse hanang ho nka lihlomo ka lebaka la matsoalo a tsona. (Bara bana babo rōna ba 100 ba ne ba ile ba ipiletsa ho UNHRC hobane ba koaletsoe chankaneng.) Ho phaella moo, kahlolo e emelang Mor’abo rōna Bayatyan e entsoeng ke Moifo o Moholo oa Lekhotla la ECHR (sheba tlaleho ea Armenia leqepheng la 34-35) e ile ea isoa Lekhotleng la Korea la Molao oa Motheo e le hore le e hlahlobe hammoho le linyeoe tse ling tse leshome tse ka makhotleng. Leha ho le joalo, ka la 30 August, 2011, Lekhotla la Molao oa Motheo le ile la hlokomoloha ka ho feletseng liqeto tse entsoeng ke UNHRC eaba le latela Molao oa Tšebeletso ea Sesole ’me la tsoela pele ho koalla batho ba hanang ho ea bosoleng ka lebaka la matsoalo a bona. Ha baahloli ba babeli ho ba robong ba bona hore Molao oa Tšebeletso ea Sesole o khahlanong le molao oa motheo o lumellang bolokolohi ba letsoalo, ba ile ba hanyetsa qeto eo ’me ba kōpa hore ho etsoe molao o mabapi le ho etsa mosebetsi o mong oa sechaba.
Turkey: Ka la 31 July, 2007, barab’abo rōna naheng ena ba ile ba nyakalla ha ba ngolisoa ka molao e le mokhatlo oa bolumeli. Le hoja ho sa ntse ho e-na le mathata a amanang le ho se nke lehlakore le tsela eo Liholo Tsa ’Muso li lokelang ho sebelisoa ka eona, likarolo tse ling tsa mosebetsi oa rōna li tsoela pele hantle naheng ena. Ka la 26 April, 2011, Lekala la Thuto la Rephabliki ea Turkey le ile la ntša taelo e reng ‘Lipaki Tsa Jehova li lokolloe nakong ea litlelase tsa thuto ea bolumeli tse tlamang likolong.’ Lekala lena le ile la re ‘Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli ba Bokreste le hoja li sa lumellane le lithuto tse ling tse tloaelehileng tsa Bokreste.’ Bara le barali babo rōna ba bacha bao ka lilemo tse ngata ba ’nileng ba feila hobane ba hana ho kopanela litlelaseng tsa thuto ea bolumeli ba ile ba nyakalla ha ba utloa litaba tseo tse monate.
United States: Ka May 2011, Lekhotla la Maipiletso la Kansas le ile la liha kahlolo e re emelang nyeoeng ea Mary D. Stinemetz v. Kansas Health Policy Authority. Lekhotla leo le ile la etsa qeto ea hore Kansas e hataketse litokelo tsa molao tsa Morali’abo rōna Stinemetz tseo a li fuoeng ke ’muso le naha ha e hana hore a ee sepetleleng sa naha e ’ngoe ho ea buuoa ntle ho tšelo ea mali. Kaha ba ne ba sa khone ho buoa morali’abo rōna ba sa mo tšele mali naheng ea Kansas, lekhotla le ile la laela naha hore e lumelle morali’abo rōna ho ea etsa opereishene eo naheng e ’ngoe. Tlhōlo ena ha ea thusa Morali’abo rōna Stinemetz feela, empa e thusitse le bahoeletsi ba bang bao ’muso oa United States o ba fang chelete ea tlhokomelo ea bophelo bo botle.
Ka la 10 August, 2011, Lekhotla le ka Holimo-limo la Kansas le ile la liha kahlolo e emelang Morali’abo rōna Monica McGlory, tabeng ea hore na ke mang ea lokelang ho hōlisa mora oa hae. Ntate oa ngoana o ne a mo tseka, a re Morali’abo rōna McGlory ha aa lokela ho hōlisa mora oa bona kaha (1) o tla hana ha mora a tšeloa mali, (2) o tla tsamaea le ngoana ka ntlo le ntlo, ebile (3) o mo arohantse le ngoana oa hae ebile o arohantse ngoana le batho ba bang hobane a mo ruta ka Armagedone.
Lekhotla le ka Holimo-limo la Kansas le ile la latela melao ea motheo ea kahlolo e lihiloeng ka 1957, moo le ileng la re: “Tokoloho ea bolumeli e tšehetsoang ke molao oa rōna oa motheo, e lokela ho tšehetsoa ka botšepehi, ’me lithuto tsa bolumeli tseo ngoana a li rutoang hase motheo oa hore na o tla hōlisoa ke mang ebile ha lia lokela ho talingoa ka tsela eo.” Tabeng ea tšelo ea mali, lekhotla le ile la re: “Re ke ke ra etsa qeto [ea hore na ngoana o hōlisoa ke mang] hobane re inahanela hore a ka ’na a hlaheloa ke kotsi kapa a kula hoo ho ka ’nang ha hlokahala [hore a tšeloe mali].”
Fora: E bile thabo e khōlō ka la 30 June, 2011, ha ECHR e etsa qeto e emelang Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova oa Fora. Ena e bile kahlolo nyeoeng e nkileng lilemo tse 16 eo ho eona ’muso o neng o batla lekhetho le holimo haholo le le seng molaong la liphesente tse 60 menehelong eo lekala le e amohetseng. Lipaki ke tsona feela bolumeli bo boholo bo neng bo lefisoa lekhetho ka tsela ena. ’Muso oa Fora o ne o batla ho qobella Lipaki Tsa Jehova hore li lefe li-euro tse limilione tse 58 (e leng chelete e ka holimo ho R638 000 000), ’me e ne e feta hōle boleng ba thepa eohle ea Mokhatlo oo. Ka mor’a hore barab’abo rōna ba ee makhotleng a sa tšoaneng a Fora ’me a tiise hore ba lokela ho lefa lekhetho leo, ba ile ba ipiletsa lekhotleng la ECHR ka February 2005.
Ka la 30 June, 2011, baahloli ba supileng ba lekhotla la ECHR ba ile ba lumellana hore haeba ba tšehetsa qeto ea Fora, seo se tla amoha Lipaki Tsa Jehova tokoloho ea tsona ea bolumeli. Lekhotla leo le ile la bolela hore Tumellano ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho e sireletsa Lipaki Tsa Jehova. Qeto ena e tla thusa ho rarolla linyeoe tse ling tse ngata tse amanang le tokoloho ea bolumeli linaheng tse ling tse sebeletsoang ke ECHR, tse kang Armenia, Bulgaria, Georgia le Russia. Ntho e ’ngoe e thahasellisang ke hore, lena e ne e le lekhetlo la pele ’muso oa Fora o fumanoa o le molato oa ho tlōla molao oa Tumellano ea Linaha Tsa Europe o amanang le tokoloho ea bolumeli. ’Muso oa Fora ha oa ka oa ipiletsa.
Russia: Ka la 10 June, 2010, ECHR e ile ea liha kahlolo ea bohlokoa e emelang Lipaki Tsa Jehova nyeoeng ea Jehovah’s Witnesses of Moscow v. Russia eo ho eona li neng li qosa ’muso oa Russia. Le hoja ’muso oa Russia o ile oa kōpa hore nyeoe eo e fetisetsoe Moifong o Moholo oa Lekhotla lena o nang le baahloli ba 17, ka la 13 December, 2010, Moifo oo o ile oa hana kōpo eo, ’me seo sa etsa hore kahlolo ea la 10 June e be ea makhaola-khang. Kahlolong eo ho ile ha boleloa hore ’muso oa Russia “o tlangoa ke molao . . . hore o khaotse liketso tsa tlōlo ea molao tseo Lekhotla le fumaneng hore o molato oa tsona ’me o lokise liphello tsa tsona ka hohle kamoo ho ka khonehang.” Le kajeno, ’muso o ntse o e-s’o phethahatse kahlolo eo. Ho e-na le hoo, o qapile litsela tse ncha tsa ho hlorisa Lipaki le ho li thibela ho ntšetsa pele bolumeli ba tsona ka bolokolohi.
Ka mohlala, hoseng ha la 25 August, 2011, mapolesa a ile a hlasela mahae a 19 a barab’abo rōna motseng oa Taganrog ’me a nka libuka tsa phutheho, lik’homphieutha le litlaleho. Ho bonahala hore litlhaselo tseo li amana le kahlolo e lihiloeng pejana ke Lekhotla le ka Holimo-limo la ’Muso oa Russia, e reng mokhatlo oa rōna oa bolumeli o motseng oa Taganrog o felisoe le hore ho phatlalatsoe hore likhatiso tsa rōna tse 34 li fetelletsa litaba. Ho latela qeto e entsoeng ke makhotla a Russia, ’muso o kentse likhatiso tsa rōna tse 63 Lethathamong la Naha la Boitsebiso bo Fetelletsang Litaba.
Ho phaella moo, mapolesa a ile a hlasela bara le barali babo rōna ka makhetlo a ka bang 950, a ba tšoara ’me a ba koalla. Ba boholong ’musong oa Russia ba hlahletse linyeoe tse 11 tsa tlōlo ea molao khahlanong le barab’abo rōna ’me ho sentsoe Liholo Tsa ’Muso tse ngata. Ho feta moo, ba patile lik’hamera bonyane lelapeng le le leng ’me ho a mang a mangata ba hoketse thepa eo ba ka khonang ho mamela puisano thelefonong ebile ba bala melaetsa ea malapa ao ea e-mail e le hore ka bolotsana ba qose barab’abo rōna ka hore ba tlōtse molao o thibelang ho fetelletsa litaba.
E mong oa batho ba ileng ba qosoa ka bolotsana ke Aleksandr Kalistratov ea lilemo li 35, ea lulang motseng oa Gorno-Altaysk, ea ileng a qosoa ka hore o “hlohlelletsa bora kapa lehloeo la bolumeli” ho ipapisitsoe le molao o thibelang ho fetelletsa litaba, oo batho ba bangata ba loanelang litokelo tsa botho ba o seollang. Nyeoeng ena e qalileng ka la 7 October, 2010 ’me ea fela ka la 18 March, 2011, ha ho le ea mong oa batho ba 71 ba neng ba fana ka bopaki ka lekhotleng, eo ha a hlongoa lipotso a ileng a bontša hore Aleksandr o tlōtse molao kapa o ile a rera ho o tlōla. Lekhotla le ile la hlahlobisisa libuka le lithuto tsa Lipaki Tsa Jehova, ’me ka la 14 April, 2011, moahloli a liha kahlolo ea hore moqosuoa ha a na molato. Leha ho le joalo, mochochisi o ile a ipiletsa khahlanong le qeto eo, ’me ka la 26 May, 2011, Lekhotla le ka Holimo-limo la Rephabliki ea Altay la etsa qeto ea ho khutlisetsa nyeoe ena lekhotleng le tlaasana e le hore e mameloe bocha ke moahloli e mong. Kahoo, ka mor’a hore Mor’abo rōna Kalistratov a fumanoe a se na molato ho hang, nyeoe ea hae e ile ea qaloa qalong ’me ho ntse ho ka lihuoa kahlolo e fosahetseng ea hore o fetelletsa litaba.
Ho tloaelehile hore nyeoe ea mofuta oo e amanang le seo ho thoeng ke mosebetsi o kotsi e etse hore batho ba bangata ba ele hloko mosebetsi oa rōna, ’me ke sona se etsahetseng motseng oa Gorno-Altaysk. Lipaki tsa sebakeng seo, tse ka ’nang tsa qosoa li sebetsana joang le boemo boo?
Morali’abo rōna ea bitsoang Inna o re: “Nakong ena e thata, Bibele ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ekare re lelapa le le leng le bara le barali beso, ’me ke ikutloa ke e-na le kamano e haufi le Jehova ho feta le ha e le neng pele!” Le hoja likhatiso tse ling tsa rōna li thibetsoe, bara le barali babo rōna ba qalile lithuto tse ngata ba sebelisa Bibele feela. Palo ea bahoeletsi ba Rephabliki ea Altay e eketsehile ka liphesente tse 24. Lihora tseo Lipaki li li qetileng tšebeletsong ea tšimo li eketsehile ka liphesente tse 33. Palo ea ba bileng teng Sehopotsong e eketsehile ka liphesente tse 16 ha e bapisoa le ea selemong se fetileng ’me e mena ea bahoeletsi bohle ba rephabliking eo habeli!
Ho sa le joalo, Lipaki Tsa Jehova tsa Russia li hlahletse linyeoe tse 13 ho ECHR khahlanong le ’muso oa Russia. Har’a tse ling, li ipelaetsa ka qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo e entsoeng ka la 8 December, 2009, le ea Lekhotla le ka Holimo-limo la Rephabliki ea Altay le ileng la re likhatiso tsa rōna tse 18 li fetelletsa litaba.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Linyeoeng tse 49 tse isitsoeng ho ECHR ho tloha ka 1965, Lipaki Tsa Jehova li hlōtsoe ke tse peli feela. Ha re tlosa ena ea Mor’abo rōna Bayatyan eo li sa tsoa e hlōla, ho sala e le ’ngoe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
“Ho ngoliloe baprofeteng, ‘’Me kaofela ba tla rutoa ke Jehova’”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
“Ha ke tsebe hore na ke re’ng ha ke leboha”
[Lebokose le leqepheng la 12]
Maikutlo a Bona ka Bopula-maliboho bo Thusang:
• “Ha e sa le e le ’na ke ne ke qala ho ba pula-maliboho ea thusang. Ha ke tsebe hore na ke re’ng ha ke leboha monyetla ona!”
• “Re leboha haholo ka tokisetso ena e ncha. Ka sebele e re thabisitse.”
• “Ena e bile nako e monate ka ho fetisisa haesale phutheho ea heso e thehoa.”
• “Hore ebe phuthehong ea habo rōna ho bile le bo-pula-maliboho ba bangata hakana ba thusang, ho entse hore re be le khotso re be re momahane.”
• Ha motho e mong eo e seng Paki a hlokomela tsela eo re neng re ikitlaetsa ka eona ka April o ile a re, “E tlameha ebe Armagedone e haufi!”
[Lebokose le leqepheng la 43]
“HOELETSA KA THABO”
LEFATŠE lena le laoloang ke Satane ea halefileng le ntse le tetebela mathateng. (Tšen. 12:12) Bahlanka ba Jehova ba fapana le lona ka ho feletseng, kaha ‘ba hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo.’ (Esa. 65:13, 14) Ba tsoela pele ba sa khaotse ho mema ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba tl’o rapela Molimo oa ’nete, ba tseba hore “bohle ba tšabelang ho [Jehova] ba tla thaba; ba tla hoeletsa ka thabo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pes. 5:11.
[Chate/Likrafo tse leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
E FUMANEHA KA LIPUO TSE 106
Phetolelo ea Lefatše le Mangolo a Segerike a
Lecha e Feletseng: 62 Bakreste: 44
Seafrikaans Puo ea Matsoho ea Amerika
Sealbania Puo ea Matsoho ea Brazil
Searabia Puo ea Matsoho ea Columbia
Searmenia Puo ea Matsoho ea Italy
Sebulgaria Puo ea Matsoho ea Mexico
Secebuano Puo ea Matsoho ea Russia
Sechichewa Seamharic
Sechaena (sa Khale) Seazerbaijani
Sechaena (se Nolofalitsoeng) Seazerbaijani (sa mongolo oa Secyril)
Secibemba Secambodia
Secroatia Sechitonga
Seczech Secreole sa Haiti
Sedache Seestonia
Sedanishe Seewe
Seefik Sefiji
Sefinnish Segun
Sefora Sehiligaynon
Segeorgia Sehindi
Segerike Sehiri Motu
Sehungary Sekannada
Seigbo Sekazakh
Seiloko Sekikaonde
Seindonesia Sekiribati
Sejapane Selatvia
Sejeremane Selithuania
Sekinyarwanda Selozi
Sekirghiz Selunganda
Sekirundi Seluvale
Sekorea Semalayalame
Selingala Semyanmar
Semacedonia Senepali
Semalagasy Sepangasinan
Semalta Sepapiamento (sa Curaçao)
Senorway Sepunjabi
Senyesemane Sesango
Seoseshia Sesranantogo
Sepanishe Setamil
Sepedi Sethai
Sepolishe Setok Pisin
Sepotoketsi Setonga
Seromania Setumbuka
Serussia Seukraine
Sesamoa Seuzbek
Seserbia Sevietnam
Seserbia (sa Roma)
Seshona
Sesinhala
Seslovak
Seslovenia
Sesotho
Seswahili
Seswedishe
Setagalog
Setaliana
Setsonga
Setswana
Seturkey
Setwi (sa Baakuapem)
Setwi (sa Baasante)
Sexhosa
Seyoruba
Sezulu
[Likrafo]
◀ 76% ◁ 24%
Ka 2011, baahi ba lefatše ba ka etsang liphesente tse 76 ba ne ba e-na le “Phetolelo ea Lefatše le Lecha” (e feletse kapa e sa fella) ka lipuo tsa habo bona
110
100
90
80
70
60
50
40
30
20
10
0
1950 1955 1960 1965 1970 1975 1980 1985 1990 1995 2000 2005 2010
[Krafo e leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lefatšeng Lohle, Bahoeletsi ba 2 657 377 e Bile Bo-Pula-Maliboho ba Thusang
2,5 (MILLION)
2,0
1,5
1,0
0,5
0
2008 2009 2010 2011
[’Mapa o leqepheng la 35]
(For fully formatted text, see publication)
UNITED STATES
FORA
BULGARIA
TURKEY
ARMENIA
AZERBAIJAN
RUSSIA
KOREA BOROA
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ka holimo: Bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba ne ba khannela lithuto tsa bona tsa Bibele ha Jeannette. (Sheba leqephe la 8-9)
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bo-pula-maliboho ba kamehla le ba thusang ba ea tšimong Madrid, Spain
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Toshi o pakela motho ea sebetsang lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Alejandro le ntate oa hae ba Sant Celoni, Barcelona, Spain, letsatsing la ho qetela la khoeli
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Setsi sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, U.S.A.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Holo ea ’Muso ea Rikuzentakata, Japane
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ka holimo: Baithaopi ba tlosa maloanlahla ka tlung ea mor’abo rōna toropong ea Shibata, Miyagi
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ka ho le letšehali: Setho sa Komiti ea Lekala se fana ka puo lapeng ha mor’abo rōna e mong oa Rikuzentakata
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ka tlaase: Baithaopi ba pheha lijo tsa motšehare tsa batho ba tlileng kopanong ea letsatsi le khethehileng sebakeng se anngoeng ke koluoa
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Phetolelo ea Selithuania le ea Selatvia
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Lejoe le bontšang se ileng sa etsahala Yankee Stadium, New York, U.S.A.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Basebetsi ba kaho ofising ea Burkina Faso
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Ofisi ea Burkina Faso
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Lekala la Chile
[Setšoantšo se leqepheng la 33]
Liofisi tse ncha tsa lekala Hong Kong
[Setšoantšo se leqepheng la 34]
Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho, Strasbourg, Fora
[Setšoantšo se leqepheng la 38]
Baithuti ba nkile litlaleho tsa bona tsa sekolo. Ba thabetse ho lokolloa litlelaseng tsa thuto ea bolumeli
[Setšoantšo se leqepheng la 41]
Lipaki li bolela litaba tse molemo Gorno-Altaysk, Rephabliking ea Altay