Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb08 maq. 6-29
  • Lintlha Tsa Sehlooho tsa selemo se fetileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintlha Tsa Sehlooho tsa selemo se fetileng
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “BOLUMELI BA BOHATA BO HAUFI LE HO FELA!”
  • PHUTUHO E KHETHEHILENG EA HO PHATLALATSA SEHOPOTSO
  • HO THEHA LITABA TSE MOLEMO KA MOLAO
  • BA LULA BA TŠEPAHALA KA HOHLE-HOHLE
  • “ETSA HORE SEBAKA SA TENTE EA HAO SE BE SEHOLO”
  • “JEHOVA O ENTSE NTHO E KHŌLŌ”
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2007
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2010
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008
yb08 maq. 6-29

Lintlha Tsa Sehlooho tsa selemo se fetileng

LINTHO tse etsahetseng selemong se fetileng li fana ka bopaki bo bong ba hore re bofelong ba ‘matsatsi a ho qetela’ ao Lentsoe la Molimo le reng ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1) Leha ho le joalo, ha lintho li ntse li mpefala matsatsing ana a ho qetela, ho ntse ho hlaka hore Jehova o hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang lefatšeng ka bophara. Ebang Lipaki Tsa Jehova li tobana le likoluoa tsa tlhaho, tlōlo ea molao le pefo, ho kula, ho tetebela maikutlo, botsofali, khanyetso, ho hloka thahasello, ka matla a Jehova li tsoela pele ho ‘matha ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a [tsona].’—Baheb. 12:1.

“BOLUMELI BA BOHATA BO HAUFI LE HO FELA!”

Ka October le ka November 2006 Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa tsona oa ho aba pampitšana ea Kingdom News No. 37 lefatšeng ka bophara, e neng e e-na le sehlooho se reng “Bolumeli ba Bohata bo Haufi le ho Fela!” Batho ba ile ba etsa joang ha ba utloa molaetsa oo o matla?

Monna e mong oa Sweden ea neng a tennoe ke boikaketsi ba bolumeli ba bohata, o ile a re: “Molaetsa oa eona o ne o otla botsekeng!” Joaloka monna enoa, ba bangata ba ile ba qala ho ithuta Bibele ka lebaka la pampitšana ea Kingdom News.

Nepal

Motseng oa Kathmandu, Dil o ile a kopana le monna e mong ea kenang kereke eo ho neng ho se ho fetile likhoeli tse peli a siiloe ke mosali ka lebaka la ho noa haholo, eaba o mo fa pampitšana ea Kingdom News. Ha Dil le monna oa hae, Buddha, ba boela ho eena ba il’o tšohla pampitšana eo, monna eo o ile a re ha a rate kamoo batho ba bang ba kenang kereke ba itšoereng kateng a ba a re seo a se utloang ho Lipaki Tsa Jehova se fapane haholo le seo a se utloileng kerekeng. Mor’abo rōna o ile a mo bontša Tšenolo 18:2-4 a ba a hatisa bohlokoa ba ho tsoa “Babylona e Moholo.” Lekhetlong la boraro, ba ile ba qala ho bala le eena thuto ea 13 bukaneng ea Seo a se Hlokang. Lekhetlong la bohlano, ba ile ba kopana le mosali oa hae ea neng a se a khutletse lapeng. Mosali eo o ne a tseba Lipaki Tsa Jehova a bile a rata molaetsa oa rōna. Lekhetlong la bosupa, mosali oa monna eo le eena o ile a kenella ha ba ithuta bukana eo. Mosali oa hae o ile a re, “Joale monna oa ka ha a sa noa joala.”

Brazil

Monna e mong ea neng a tsamaisa batho ka sethuthuthu ea ileng a fuoa pampitšana ea Kingdom News, o ile a e phatlalatsa le ho feta ka ho e maneha ka mokokotlong matsatsi a seng makae. Kahoo, joang kapa joang bapalami ba ne ba bona sehlooho sa eona ha ba le leetong la bona.

Ha barali ba bang babo rōna ba babeli ba fihla ntlong e ’ngoe Brazil, ba ile ba tšoha ha ba bona ho manehiloe letšoao le reng, “U ka kena, empa u tla tsoa mona u le setopo.” Kaha ba ne ba tšohile, ba ile ba botsa bara ba bang babo rōna ba babeli hore na ba etse’ng. Barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea hore ho tla kena bona ntlong eo. Ka mor’a hore ba rapelle tataiso ea Jehova, barab’abo rōna ba ile ba opa liatla, kaha ke oona mokhoa oo batho ba moo ba kokotang ka oona. Mong’a ntlo, eo e neng e le lepolesa, o ile a amohela pampitšana ea Kingdom News ka liatla tse peli. O ile a hlalosa hore kaha o ntse a lokisa ntlo, ebile ho na le thepa e ngata ea mohaho ka jareteng, o behile letšoao leo ho tšosa masholu. Ha bahoeletsi bao ba boetse ba mo etela, o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele.

Mongolia

Tsetsegmaa o ile a leka ho pakela ausi oa hae ka makhetlo a mangata. Le hoja ausi oa hae a ile a ea libokeng tse seng kae a ba a tla Sehopotsong ka lilemo tse peli tse latellanang, o ne a se na thahasello e kaalo ’me o ile a hana ho khanneloa thuto ea Bibele. Leha ho le joalo, ha a bona pampitšana ea Kingdom News No. 37 ha Tsetsegmaa, o ile a qala ho ba le thahasello. Kaha o ne a botsa lipotso tse ngata tseo Tsetsegmaa a neng a li arabela ka Bibele, ba ile ba qeta lihora tse peli ba ntse ba qoqa. Ausi oa hae o ile a makatsoa ke seo a se utloang eaba o re o batla ho ithuta ho eketsehileng ’me hona joale o khanneloa thuto ea Bibele kamehla.

Georgia

Ha Lipaki li fa mosali e mong pampitšana ea Kingdom News, o ile a botsa hore na e bua ka bolumeli. Ha li re ho joalo, mosali eo o ile a amohela pampitšana eo a ba a tšepisa hore o tla e bala. Ha Lipaki li khutla, mosali eo o ile a botsa hore na ebe Kereke ea Orthodox e mo thetsitse. O ne a tšoenyehile ka maemo a lefatše le ka boitšoaro ba bacha bo ntseng bo hlepha. O ile a re ha ho letho leo a utloanang le bana ba hae ka lona. Lipaki li ile tsa tšohla 2 Timothea 3:1-5 le eena ’me ka mor’a moo, a amohela buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ha Lipaki li tsamaea, o ile a re: “Ke kholisehile hore bolumeli ba lōna ke bona ba ’nete. Ka sebele ke rōlela bacha ba lōna khaebana ka lebaka la moaparo oa bona, botšepehi ba bona le boitšoaro ba bona bo botle.” Hona joale mosali enoa o thabela ho bala limakasine tsa rōna kamehla.

Bangladesh

Richel ea lilemo li 19 o ile a aba lipampitšana tsa Kingdom News No. 37 tšimong e e-s’o sebetsoe. Le hoja e ne e le hōle le moo a lulang teng, Richel o ile a ikutloa a tlameha ho ea hobane e ne e le phutuho e khethehileng. Ha a fihla ntlong ea bobeli, o ile a kopana le banana ba babeli ba neng ba ipolela hore ke Bakreste bao ntate oa bona a neng a e-na le likhoeli tse peli a hlokahetse. Ba ile ba re: “Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore re hlaheloe ke ntho e tjee?” Richel o ile a ba araba ka Bibele ’me banana bao ba ile ba amohela pampitšana ea Kingdom News ka thabo, ba ba ba re ho Richel, “U ronngoe ke Molimo lapeng mona.” Ha Richel a hlokomela kamoo banana bao ba hlokang thuso kateng moeeng, o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le bona ’me ba lumela ba sa tsilatsile. Ke liithuti tse hloahloa ebile ba botsa lipotso tse ngata. Richel o tlameha ho etsa lipatlisiso tse ngata, empa ruri o ikutloa a khotsofetse ha a fetisetsa ’nete ho batho ba lapileng moeeng.

Armenia

Pula-maliboho e mong oa kamehla ea bitsoang Eliza o ile a letsetsoa ke Lilit, eo a neng a ithuta Bibele le eena pele. O ile a re, “Ke kōpa hore hosasane u tlohele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u neng u rerile ho e etsa, u tl’o mpona e le hore re ka qala thuto ea rōna bocha.” Ho ne ho etsahetse’ng? Ha Lilit a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, monna oa hae o ile a re ho eena, “Khetha hore na u rata mang, ’na kapa Jehova?” Kahoo o ile a khaotsa ho ithuta. Ka mor’a lilemo tse peli, o ile a fumana pampitšana ea Kingdom News No. 37 ha a ntse a otlolla maoto le bana ba hae serapeng sa boikhathollo. Sena se ile sa etsa hore a boele a be le tjantjello ea ho ithuta hoo ka sebete a ileng a re ho monna oa hae, “Mohlomong uena u khotsofaletse ho phela hantle lilemo tse ka bang 50 feela, ebe ka mor’a moo ua shoa, empa ’na seo ha se nkhotsofatse!” Eaba o tšepisa monna oa hae hore ho ithuta Bibele ho tla mo thusa ho lahla mekhoa e mebe, kahoo monna oa hae o ile a khaotsa ho mo hanyetsa. Joale mosali eo o thabela ho ithuta Bibele kaha monna oa hae o mo lumeletse ebile o hlokomela bana ha eena a ntse a ithuta.

Cambodia

Nakong ea phutuho e khethehileng, moromuoa e mong ea bitsoang Hugues o ile a buisana le monna e mong oa Momosleme. Ha monna eo a bala pampitšana ea Kingdom News, o ile a lumela hore malumeli ha aa lokela ho kena lintoeng. Eena ka boeena o ne a nyahamisitsoe ke bolumeli ba hae, boo a neng a re bo itšentse lebitso ka lebaka la batho ba fetelletsang lintho. Hugues o ile a balla monna enoa Pesaleme ea 46:9, e bontšang hore Molimo o tšepisa ho felisa lintoa lefatšeng. Bekeng e hlahlamang Hugues o ile a mo bontša buka ea Seo Bibele e se Rutang. Joale monna enoa o ananela Bibele ka ho teba ebile o khanneloa thuto ea Bibele kamehla.

Russia

Moruti e mong oa Orthodox ea ileng a fuoa pampitšana ea Kingdom News ke baralib’abo rōna ba babeli, o ile a re: “Kea tseba hore seo le se buang ke ’nete le hore Molimo oa lōna, Jehova, o tla felisa malumeli ’ohle a bohata a siee ba lōna feela.” Joale o ile a ba bolella seo a se tsebang ka tšepo ea ho phela leholimong le ea ho phela paradeiseng lefatšeng. Baralib’abo rōna ba ile ba mo botsa hore na joale o qenehetse’ng bolumeling ba hae ha e le moo a tseba hore bo tl’o felisoa. O ile a re: “Mosebetsi ona ke oona o mphelisang. Ke na le lifolete tse tharo le likoloi tse ’nè. Nke ke ka tlohela ntho tseo kaofela.”

PHUTUHO E KHETHEHILENG EA HO PHATLALATSA SEHOPOTSO

Ka Mantaha oa la 2 April, 2007, Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ile tsa rorisa Molimo ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang le lerato la hae ka ho tšoara tšebeletso ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Ho tloha ka la 17 March ho fihlela ka la 2 April, li ile tsa aba memo e khethehileng lefatšeng ka bophara ho lokisetsa ketsahalo ena ea bohlokoa. Liithuti tse ngata tsa Bibele le bana ba ile ba qala ho ba bahoeletsi ba litaba tse molemo nakong ena ea mosebetsi o eketsehileng.

United States

Mantsiboeeng a Sehopotso mora e mong oabo rōna ea neng a ntse a le mosebetsing ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, Brooklyn, New York, o ile a qeta nako e ka etsang lihora tse peli a ntse a araba lifono tse neng li kena lenyelenyele li tsoa ho batho ba batlang ho tseba hore na Sehopotso se il’o tšoareloa hokae. Batho ba ’maloa ba ile ba letsa ka lebaka la memo eo ea Sehopotso. Mosali e mong o ile a re: “Ke hona ke fihlang lapeng ’me ke bona memo e reng ke tle moketeng oa lōna mantsiboeeng ana. Ke batla ho tla, empa ha ke tsebe hantle hore na o qala ka nako mang.”

Jacquelin ea lilemo li 16 o ile a fa tichere ea hae memo ea hore e tle Sehopotsong a ba a e hlalosetsa kamoo ketsahalo eo e leng ea bohlokoa kateng. O ile a makala ha a bona tichere ea hae e se e fihla. Kaha Sehopotso se ne se tšoaretsoe ho e ’ngoe ea Liholo Tsa Kopano tsa Lipaki Tsa Jehova, ha se fela Jacquelin o ile a bontša tichere ea hae mohaho oo. Tichere ea hae e ile ea khahloa haholo ke kamoo ho neng ho hloekile kateng le kamoo lintho tsohle li neng li hlophisitsoe hantle kateng, hape e ile ea hlolloa ha e utloa hore mohaho oo kaofela o hahiloe ke baithaopi ebile ke bona ba o hlokomelang. Ha tichere eo e qeta ho bolela hore e thabetse puo haholo, e ile ea re, “Ke utloile sebui se bua ka thuto ea Bibele, nka e fumana joang?” Jacquelin o ile a e araba ka thabo, a re, “Nka ithuta le uena ha u rata!” Jacquelin o ile a qala ho khannela tichere ea hae thuto ea Bibele Mantaha o mong le o mong ha sekolo se tsoa.

Afrika Boroa

Phutheho e ’ngoe e nang le bahoeletsi ba robong e sebakeng se ka thōko e ne e maketse hore na ke hobane’ng ha lekala le e romeletse memo e le ’ngoe feela ea Sehopotso ha eona e ne e odarile tse 500. Hamorao bahoeletsi bao ba ile ba fumana hore batho ba sebetsang posong ea moo ba ne ba sa tsebe hore na sephutheloana seo se tsoang lekaleng se ea hokae kahobane aterese e ne e tlohile. Eaba basebetsi bao ba posong ba bula sephutheloana seo e le hore ba bone hore na se ea ho mang kapa se rometsoe ke mang. Ha ba bona limemo tsa Sehopotso, ba ile ba etsa qeto ea hore li lokela ho ajoa eaba ba kenya memo e le ’ngoe ka lebokoseng le leng le le leng la poso, kahoo ba aba limemo tseo kaofela. Barab’abo rōna ba ile ba hlokomela sena ha ba fumana memo e le ’ngoe ka lebokoseng la poso la phutheho ho e-na le hore ba fumane limemo tsohle tse rometsoeng. Leha ho le joalo, bahoeletsi bao ba robong ba ile ba thaba haholo ha batho ba 42 ba tla Sehopotsong, bongata ba bona ba tla ba tšoere memo eo motho ka mong a e fumaneng ka lebokoseng la hae la poso!

Italy

Patrizia o ile a fa Gabriella, eo a neng a ithuta Bibele le eena, memo ea Sehopotso a ba a mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore a be teng. Mora oa Gabriella, Mattia, ea lilemo li hlano, ea neng a mametse ka hloko ha ba ntse ba bua, o ile a botsa hore na ebe le eena ba ka mo fa memo e le hore a e’o e fa ’mè e mong eo e leng tichere ea hae. Letsatsing le hlahlamang Mattia o ile a fa tichere ea hae memo, a ba a e hlalosetsa hore na Sehopotso ke sa bohlokoa hakaakang le hore ruri o tšepa hore e tla tla. Matsatsi a seng makae hamorao, ha tichere ea Mattia e kopana le Gabriella sebokeng sa batsoali le matichere, e ile ea mo hlalosetsa kamoo e khahliloeng ke tsela eo Mattia a neng a bua ka kholiseho ka eona hoo e ileng ea etsa qeto ea ho ba teng Sehopotsong. E ile ea tsamaea le Gabriella le Mattia ha ba ea Sehopotsong. Tichere eo e ile ea mamela puo ka hloko ’me ea khahloa ke kamoo bana bohle ba neng ba itšoere hantle kateng. Ka mor’a moo, e ile ea re joale e utloisisa seo Mattia a neng a se bolela ha a bontša hore na ke hobane’ng ha Sehopotso e le sa bohlokoa. Ho tloha moo, Mattia o ile a fa ’mè eo oa tichere Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele hore a e fe mora oa hae ’me Gabriella le Patrizia ba ile ba etsa litlhophiso tsa hore ba ntšetse pele moqoqo.

Mexico

Moholo e mong o ile a pakela moruti e mong oa Mopresbitheri a ba a mo memela Sehopotsong. Moruti eo o ile a amohela memo ’me moholo a makala ha a kōpa limemo tse ling hore a e’o li fa batho ba pharishe ea hae. Mantsiboeeng a Sehopotso barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo ha ba bona moruti a fihla a e-na le litho tse 40 tsa kereke ea hae, se seng le se seng se tšoere memo e le hore se ka e hlahisa monyako. Moruti eo o ile a re ho na le ba bangata ba neng ba batla ho tla empa ba ile ba nahana hore ba ke ke ba lumelloa ho kena kaha ba ne ba se na limemo. Bahoeletsi ba phutheho ena ba 11 ba ile ba thaba haholo kaha batho ba 191 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong!

Australia

Mohlankana e mong ea neng a ntse a ithuta Bibele le Lipaki o ile a qala ho bolella batho ba bang sebakeng sa boikoetliso seo a neng a sebetsa ho sona hore o ntse a ithuta Bibele. E mong oa bona e ne e le mosali ’me o ile a lumela ha a mo memela Sehopotsong. Ha e sa le ngoanana, o ile a utloa ho binoa Holong ea ’Muso e haufinyane eaba o kōpa batsoali ba hae hore ba mo lumelle a ee, empa ba ile ba re a se ke a kopana le Lipaki Tsa Jehova ho hang. O ile a ’na a ikela libokeng tse ling empa ha lelapa labo le falla, ha aa ka a hlola a kopana le Lipaki. Ha a le Sehopotsong, o ile a kopana le morali e mong oabo rōna ea ileng a qala ho ithuta Bibele le eena. O ile a qala ho tla libokeng tsa phutheho eaba monna oa hae le eena o qala ho bontša thahasello. Ho sa le joalo, mohlankana eane ea sebetsang sebakeng sa boikoetliso e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me o batla ho kolobetsoa.

Kazakhstan

Mosali e mong ea thahasellang o ile a re a ke ke a khona ho ea Sehopotsong hobane o na le bana ba banyenyane. Leha ho le joalo, letsatsing la Sehopotso, morali oa hae ea lilemo li hlano o ile a apara hantle eaba o ikela Holong ea ’Muso a le mong. Eitse ha mosali eo a hlokomela hore morali oa hae ha a eo, eaba kapele-pele oa tsamaea o il’o mo batla. O ile a nahana hore mohlomong morali oa hae o ile Sehopotsong ’me a fela a mo fumana Holong ea ’Muso. Kaha joale le eena o ne a se a tlile Sehopotsong, o ile a etsa qeto ea hore a lule pel’a morali oa hae a mamele sebui ka hloko.

HO THEHA LITABA TSE MOLEMO KA MOLAO

Fora

Ho tloha ka 1996 ba bang ba boholong Fora ba ’nile ba loanela hore lekala le lefe lekhetho cheleteng eo le e fang litho tsa lelapa la Bethele le Louviers ha le li buseletsa litšenyehelo tsa tsona. Leha ho le joalo, ka la 28 March, 2007, Lekhotla la Tsamaiso Paris le ile la etsa qeto ea hore litho tsa lelapa Bethele ha lia lokela ho lefa lekhetho hobane hase basebetsi ba lefuoang. Lekhotla le ile la re “ha e le hantle, lebaka le etsang hore Lipaki Tsa Jehova tseo e leng litho tsa Bethele e Louviers li sebetse mona ka nako eohle, le amana ka ho toba le seo kaofela li se lumelang.” Qeto ena e tiisa hore mosebetsi oa lelapa la Bethele ke oa bolumeli ebile e lumellana le qeto e tšoanang le eo e ileng ea etsoa ke lekhotla le phahameng la tsamaiso Brazil.

Nyeoeng e ’ngoe, motse oa Lyon o ile oa hana ho hirisetsa Lipaki Tsa Jehova holo ea ’masepala hore li tšoarele Sehopotso ho eona. Leha ho le joalo, ka la 15 March, 2007, moahloli oa lekhotla la tsamaiso o ile a laela motse oo hore o hirisetse Lipaki Tsa Jehova holo eo. Motse oo o ile oa ipiletsa ho Lekhotla la Naha, empa le ile la tšehetsa qeto ea lekhotla la tsamaiso la ba la bontša hore motse oo o entse “tlōlo ea molao e pepenene le e tebileng e bileng e kena-kenanang le bolokolohi ba ho bokana, boo e leng tokelo ea motho e mong le e mong.” Lekhotla la Naha le ile la ba la laela motse oo hore o lefe mokhatlo oa moo oa Lipaki Tsa Jehova litšenyehelo tsa nyeoe.

Ho sa tsotellehe qeto ena e emelang Lipaki Tsa Jehova motseng oa Lyon, Fora, bahanyetsi hammoho le ba mecha ea litaba haesita le ba bang ba boholong ’musong ba sa ntsane ba li hloile. Ka mohlala, ka 2005 ha ho ne ho buisanoa le moemeli oa mehleng oa Seboka sa Sechaba sa Fora, o ile a nyatsa Lipaki Tsa Jehova pepenene ka hore “li hlophisitsoe ho ea ka maemo joaloka lihlopha tsa mamafia.” Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ipelaetsa ka lekhotleng ka lebaka la ketselletso eo, eaba ka July 2007 Lekhotla la Maipiletso la Rouen le ema le Lipaki, la bontša hore moqosi eo o “buile mantsoe a feteletseng [ebile] o a buile ka pelo e mpe [’me] o tlōtse moeli oa bolokolohi ba puo e amohelehang.” ’Muso oa Fora o ntse o tsitlella ho lefisa Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova lekhetho ka tsela e hlokang toka le e seng molaong. Hona joale Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) le ntse le sekaseka taba ena, ebile barab’abo rōna ba kholisehile hore Jehova oa ba tšehetsa.

Uzbekistan

Ho na le liketsahalo tse fetang sekete tse tlalehiloeng tseo ho tsona bara le barali babo rona ba ’nileng ba tšoaroa, ba koalloa chankaneng kapa ba hlaseloa. Ba bangata ba bona ba ile ba tšoaroa nakong ea Sehopotso ka 2005 le ka 2006. Leha ho le joalo, re thabela ho tlaleha hore ka 2007 ha ho na mathata a ileng a tlalehoa mabapi le Sehopotso. Le hoja ho kile ha re khoe! lintho li ile tsa fetoha ka potlako. Kapele ka mor’a moo, mora le morali e mong oabo rōna ba ile ba tšoaroa ba ba ba fumanoa ba le molato ka ho ruta batho bolumeli. Mora eo oabo rōna ea nang le mosali le bana ba babeli, o ile a ahloleloa ho hlola lilemo tse peli chankaneng a ba a koalloa hang-hang. Athe morali’abo rōna eena o ile a ahloleloa ho sebeletsa sechaba ka lilemo tse peli, e leng ho akarelletsang kotlo ea hore ’muso o nke karolo ea 20 lekholong ea chelete eo a e lefshoang.

Georgia

Ka la 3 May, 2007, ECHR e le ntsoe-leng e ile ea fana ka kahlolo ea hore ’muso oa Georgia o molato ka ho lumella hore Lipaki Tsa Jehova li tšoaroe ka mabifi ka lebaka la bolumeli ba tsona, ea ba ea laela hore tse hlekefelitsoeng li fuoe matšeliso. Ho tloha ka October 1999 ho fihlela ka November 2002, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa hlaseloa ka mabifi ka makhetlo a 138. Maemong a mang mapolesa a ne a le teng empa a hana ho li sireletsa ha li hlekefetsoa. Lekhotla le ile la fumana hore ’muso oa mehleng oa Georgia ha oa lahla boikarabelo ba oona feela boo o itlametseng ho bo phetha Tumellanong ea Linaha Tsa Europe Mabapi le Litokelo Tsa Botho, empa o boetse o hataketse tokoloho ea bolumeli ea barab’abo rōna ka hore o se ke oa nka bohato ba ho ba sireletsa ha batho ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng ba ba hlasela. Qeto ena e hlakileng ke temoso e matla ea hore tokoloho ea bolumeli e ke ke ea hlokomolohuoa le hore Lipaki Tsa Jehova li tlameha ho sireletsoa esita le haeba boholo ba batho bo li hanyetsa.

Eritrea

Lilemo tse hlano ka mor’a hore ’muso o tiise letsoho tabeng ea ho laola lihlopha tsohle tsa bolumeli tse ikemetseng tse seng tlas’a malumeli a mane a lumeletsoeng ke ’muso, Lipaki Tsa Jehova li sa ntse li thulana le khanyetso e matla. Esita le ha barab’abo rōna ba tšoere tšebeletso ea borapeli malapeng, baa tšoaroa, baa hlokofatsoa, ba bile ba susutlelloa ho latola tumelo ea bona. Ka April 2007, ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse 24 tse ntseng li koaletsoe chankaneng ka lebaka la ho ba teng libokeng, ho bolela litaba tse molemo, kapa ho hana ho kena sesoleng ka lebaka la matsoalo a tsona. Lipaki tse tharo ho tse koaletsoeng li lilemo li 60 kapa ho feta, tse leshome li koaletsoe maemong a hlobaetsang haholo ’me tse tharo haesale li koalloa ho tloha ka 1994. Le hoja matsapa a eketsehileng a ho thusa bara bao babo rōna a e-s’o atlehe, re sa ntse re lumela hore haufinyane ba tla lokoloha ’me re tšepile Jehova ea lokollang bahlanka ba hae “khatellong le pefong.”—Pes. 72:14.

Andorra

Haesale Lipaki li kōpa hore li amoheloe ka molao ho tloha ka 1973 ’me li ile tsa qetella li amohetsoe ka molao ka la 14 December, 2006. Ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka holimo ho 150 Andorra.

Korea

Ka lilemo tse fetang 50, barab’abo rōna ba Korea Boroa ba ’nile ba hlahleloa chankaneng ha ba hana ho etsa mosebetsi oa sesole. Ka lebaka leo, ba bahlano ba bona ba ile ba shoa. Ka mor’a hore ba leke ho fumana tharollo ka ho sebelisa mecha eohle ea molao e teng Korea Boroa, Mor’abo rōna Yoon le Mor’abo rōna Choi ba ile ba ipiletsa Komiting ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng ka lebaka la likahlolo tseo ba li filoeng. Ka la 3 November, 2006, komiti eo e ile ea fumana Korea Boroa e le molato oa ho hatakela litokelo tsa barab’abo rōna ea ba ea laela hore e ba fe matšeliso. Komiti eo e ile ea boela ea lemosa Korea Boroa hore e nke mehato ea ho tiisa hore batho ba hanang ho kena sesoleng ka lebaka la matsoalo a bona ba ke ke ba qobelloa ho khetha hore na ba etsa lintho tse khahlanong le seo ba se lumelang kapa ba ahloleloa ho hlola nako e telele chankaneng. Ka tloaelo barab’abo rōna ba 70 ba hlahleloa teronkong khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.

Nakong e fetileng barab’abo rōna ba neng ba le boemong bona ba ne ba amohela qeto ea lekhotla feela ea hore ba koalloe selemo le halofo chankaneng. Leha ho le joalo, morao tjena barab’abo rōna ba bangata ba bacha lilemong ba entse qeto ea hore ba ipiletse ka lebaka la likahlolo tseo ba li filoeng, kahoo ho na le linyeoe tsa boipiletso tse makholo tse ntseng li sekasekoa. Ka lebaka leo, ’muso oa Korea o tsebahalitse hore o ikemiselitse ho nka mehato e itseng ea ho ba fa mosebetsi o mong oo ba ka o etsang oo e seng oa sesole. Ho se ho tla bonahala ha ’mela o ntse o puta hore na ’muso o tla phethahatsa tšepiso ea oona le hore na haeba o fela o e phethahatsa, batho bao matsoalo a bona a ba lumellang ho etsa mosebetsi o mong ba tla fumana mosebetsi oo ba o fuoang o amoheleha na.

Argentina

Ka July 2007, letona la toka le litokelo tsa botho le ile la saena qeto eo ka eona le ileng la lumela hore Daniel Victor Guagliardo o ile a kenngoa chankaneng ka ho hloka toka hobane a ile a hana ho kena sesoleng ka lebaka ka letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele. Qeto ena e ka ’na ea tsoela ba bang molemo ba kentsoeng chankaneng ka ho hloka toka ha ba hana ho kena sesoleng ka lebaka la matsoalo a bona.

Armenia

Barab’abo rōna ba 19 ba ile ba qosoa ka hore ba tlōtse molao ha ba hana ho etsa mosebetsi o mong oo, ha e le hantle, o neng o tla etsa hore ba sekisetse boemo ba bona ba Bokreste ba ho se nke lehlakore. Eaba ka September 2006 ofisi ea mochochisi-kakaretso e ngolla bara bao babo rōna e ba tsebisa hore liqoso tseo li nyahlalitsoe. Leha ho le joalo, ’muso o sa ntsane o tla hlophisa lenaneo la ho etsa mosebetsi o mong oo Bakreste ba ka o amohelang. Kahoo, bohareng ba 2007 ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba 71 ba bacha lilemong ba ahloletsoeng ho hlola chankaneng nako e ka etsang lilemo tse tharo.

E mong oa bacha ba bangata ba Lipaki ba ileng ba qosoa ka tsela eo ba ba ba kenngoa chankaneng Armenia ke Vahan Bayatyan. Ha Mor’abo rōna Bayatyan a se a ahloletsoe ho hlola selemo le halofo chankaneng, mochochisi o ile a kōpa hore a fuoe kahlolo e boima ho feta moo, a re taba ea hore o hana ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo “ha e na motheo ebile e kotsi.” Lekhotla la maipiletso le ile la lumela, eaba le eketsa kahlolo ea hae ka selemo ’me lekhotla le ka holimo-limo le ile la tiisa qeto eo. Ka mor’a moo, Mor’abo rōna Bayatyan o ile a kōpa ECHR hore e mamele boipiletso ba hae. ECHR e ile ea amohela kōpo ea hae, ea bontša hore e ikemiselitse ho hlahlobisisa taba eo. Re tšepa hore ha nyeoe eo e ka tsamaea hantle, e tla thusa Mor’abo rōna Bayatyan le ba bang ba boemong bo tšoanang.

Azerbaijan

Le hoja Lipaki Tsa Jehova li ngolisitsoe ka molao Azerbaijan, bara le barali babo rōna ba sa ntse ba thulana le mathata a mangata. Ka mohlala, ka la 24 December, 2006, bara le barali babo rōna le batho ba thahasellang ba fetang 200 ba ne ba kopane ka khotso motseng oa Baku ba tlil’o tšohla Bibele ha mapolesa a hlometseng a se a fihla a e-na le baqolotsi ba litaba tsa thelevishene le ba boholong moo ba tlil’o qhala seboka seo. Le hoja mapolesa ao a ne a se na lengolo le a lumellang ho phenyekolla, a ile a roba monyako oa mohaho o hiriloeng eaba a tšoara bohle ba neng ba le teng moo. Ho batho ba neng ba le teng ho ile ha shapuoa bonyane ba babeli. Eaba mapolesa a nka lingoliloeng tse ngata tsa Bibele, lebokose la monehelo le chelete e ka har’a lona, litokomane tsa molao le lik’homphieutha tse ’maloa tse sebelisetsoang ho fetolela Bibele le lingoliloeng tsa Bibele. Boholo ba ba ileng ba tšoaroa ba ile ba lokolloa pele letsatsi le likela. Leha ho le joalo, har’a bona ho ne ho e-na le baithaopi ba tšeletseng ba tsoang linaheng tse ling ba ileng ba lelekoa naheng eo hobane ho ne ho thoe “ba hasa mashano a bolumeli.” Barab’abo rōna mona ba hlahleloa chankaneng ha ba hana ho kena sesoleng. Ba boetse ba thulana le mathata ha ba kenya lingoliloeng ka har’a naha.

Iseraele

Ka la 5 February, 2007, Lekhotla la Setereke la Haifa le ile la etsa qeto ea hore Setsi sa Liboka sa Haifa (ICC) se khetholotse Lipaki Tsa Jehova ka ho li hanela ho tšoarela kopano holong ea sona. Lekhotla le ile la laela ICC hore e lefe tse ling tsa litšenyehelo tsa nyeoe eo e le matšeliso. ’Muelli-kakaretso o ile a re baokameli ba ICC ba na le “boikarabelo . . . ba ho sebeletsa batho bohle ka tsela e hlokang leeme ’me ha baa phetha boikarabelo boo boemong bona.” Qeto ena e emelang barab’abo rōna ba Iseraele e tla ba nolofalletsa ho kopana ka lihlopha tse khōlō ha ba tšoara litšebeletso tsa borapeli.

Tajikistan

Ka makhetlo a mabeli liofisiri tse hlahlobang thepa e kenang le e tsoang li ile tsa nka lingoliloeng tseo re li romeletsoeng ’me lekala la litaba tsa setso le ile la susumelletsoa hore le thibele lingoliloeng tsa rōna le mokhatlo oa rōna. Nakong ena ea ha ho ne ho rena lehloeo, baromuoa ba babeli ba tsoang sekolong sa Gileade ba ile ba lelekoa ka har’a naha. Eaba ka la 11 October, 2007, ba boholong ba thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Ho entsoe boipiletso mabapi le liketso tsena tsohle tse hlokang toka ’me re rapella hore Jehova a bule tsela e le hore mosebetsi oa boboleli o tsoele pele naheng ena e behang litholoana, e bileng le keketseho ea 14 lekholong selemong sa tšebeletso sa 2007.

Ukraine

Ha ho setse letsatsi pele ho puo e khethehileng e neng e lokela ho tšoareloa Lebaleng la Lipapali la L’viv ka la 12 May, 2007, baokameli ba lebala leo la lipapali ba ile ba inehela ha bahanyetsi ba ba hatella eaba ba koenehela tumellano ea bona le barab’abo rōna ea ho sebelisa lebala leo la lipapali. Kapele-pele ba boholong ’musong oa Ukraine le oa United States ba ile ba kōptjoa hore ba buisane le baokameli ba lebala leo la lipapali ba ba kholise hore Lipaki Tsa Jehova li ke ke tsa luka khotso motseng oo. Ha letsatsi la puo le fihla, lipuisano li ne li ntse li tsoela pele ’me Lipaki Tsa Jehova tse likete-kete tse tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa Ukraine li ile tsa qala ho fihla motseng oa L’viv ka likoloi, ka libese le ka literene. Le hoja liheke li ne li notletsoe, barab’abo rōna ba ile ba bokana ka khotso ka ntle ho lebala leo la lipapali ’me ka ho se fele pelo, ba ne ba qoqa ba thabile ba bile ba bina lipina tsa ’Muso. Eitse ha ho setse metsotso e 20 feela pele lenaneo le qala, eaba batho ba sebetsang lebaleng leo la lipapali ba lumela ho bulela barab’abo rōna liheke. Bara le barali babo rōna ba 27 000 ba ile ba kena ka lebaleng la lipapali ’me ba thabela puo e khothatsang e ileng ea fanoa ke molebeli ea etelang makala.

Turkmenistan

Lipaki Tsa Jehova ha li e-s’o ngolisoe ka molao Turkmenistan. Ka mor’a hore ho be le khotso ka nakoana, ba boholong moo ba qaleletse ho hlorisa barab’abo rōna hape. Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba tšoara liboka ka sebete empa e le ka masene, ebile ba bolella baahelani ba bona litaba tse molemo. (Mat. 10:16) Bara ba bang babo rōna ba bararo ba bacha lilemong ba ile ba tšoaroa hobane ba ile ba hana ho kena sesoleng. Kaofela ha bona ba ile ba fumanoa ba le molato; likahlolo tsa ba babeli li ile tsa fanyehoa, empa mor’abo rōna e mong o ile a ahloleloa ho hlola selemo le halofo chankaneng. Kaha maemo ke a hlobaetsang haholo chankaneng eo, linaha tse ling le tsona li shebile tsietsi ena eo mor’abo rōna a leng ho eona ka leihlo le nchocho. Barab’abo rōna bao e leng babuelli ba molao ba tsoang linaheng tse ling, ba ’nile ba haneloa ho kena ka har’a naha e le hore ba tl’o buella barab’abo rōna ka lekhotleng. Leha ho le joalo, ha ho motho le ea mong ea boholong ea ka sitisang lithapelo tsa rōna ho fihla ho Ea Holimo-limo ha re kōpa thuso ea hae.—1 Tim. 2:1, 2.

Kazakhstan

Liofisiri tse tšeletseng tse tsoang ofising ea mochochisi li ile tsa qhala seboka se neng se tšoaretsoe ha morali e mong oabo rōna sebakeng se seng moo Lipaki Tsa Jehova li neng li e-s’o ngolisoe ka molao. Mora e mong oabo rōna ea neng a bile a le sieo sebokeng seo le barali ba bang babo rōna ba bahlano ba ile ba lefisoa chelete e ngata. Kaofela ha bona ba ile ba etsetsoa boipiletso.

Turkey

Ka la 31 July, 2007, lekala la Turkey le ile la thaba haholo ha le tsebisoa hore Mokhatlo o Tšehetsang Lipaki Tsa Jehova o ngolisitsoe ka molao. O ile oa ngolisoa ka mor’a hore ho etsoe matsapa a nkileng lilemo tse peli ’me nakong eo ’muso o ile oa hlahlela nyeoe ka lekhotleng o pheha khang ea hore molao oa motheo oa lekala o khahlanong le molao oa motheo oa naha. Ka mor’a hore lekhotla le tlaasana la Istanbul le netefatse hore molao oa motheo oa lekala o lumellana le molao oa naha, ’muso o ile oa ipiletsa lekhotleng le ka holimo-limo. Empa lekhotla le ka holimo-limo le ile la tšehetsa qeto ea lekhotla le tlaasana ’me hoo ho ile ha betla tsela ea hore re ngolisoe ka molao. Mokhatlo o mocha o fa lekala matla a hore e be setsi sa bolumeli sa molao se ka rekang litša, sa hira libaka tseo ho tšoareloang liboka le likopano ho tsona, sa amohela menehelo, sa ba sa buella Lipaki Tsa Jehova ka lekhotleng.

Mora le morali e mong oabo rōna ba ileng ba qosoa ka hore ba “tšoenya batho” ha ba ntse ba aba pampitšana ea Kingdom News No. 37 ba ile ba lefisoa. Leha ho le joalo, Lekhotla la Khotso la Sisli, Istanbul, le ile la re ba se ke ba lefa chelete eo, la re “ho buella lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova . . . ke karolo ea tokoloho ea monahano le bolumeli” la ba la re baahi ba Turkey “ba na le bolokolohi ba ho phatlalatsa seo ba se lumelang.” Leha ho le joalo, barab’abo rōna Turkey ba sa ntsane ba thulana le mathata a mang, a kang taba ea ho se nke lehlakore, e ka etsang hore barab’abo rōna ba lilemong tsa ho kena sesoleng ba hlahleloe chankaneng ba be ba lefisoe.

Joalokaha litlaleho tsena li bontša, Lipaki Tsa Jehova li atisa ho ipiletsa Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho ha linaha tsa Europe li re ha re na tokelo ea ho rapela Molimo. Bohareng ba 2007, lekhotla lena le ne le se le fumane likōpo tse 22 tseo le neng le e-s’o li mamele, tse amanang le litaba tse kang ho se nke lehlakore, ho ngolisoa ka molao le mahloriso. Ruri re lokela ho tšehetsa bara le barali babo rōna ba thulanang le mathata ana ka ho ba rapella, ho sa tsotellehe hore na ba Europe kapa ba libakeng tse ling.—2 Bakor. 1:10, 11.

BA LULA BA TŠEPAHALA KA HOHLE-HOHLE

Karolong e buang ka histori khatisong ena ea Buka ea Selemo, u tla bala kamoo barab’abo rōna ba Russia ba ileng ba lula ba tšepahala kateng mehleng ea Masoviet ha mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ntse o thibetsoe. Ba ne ba hanyetsoa ka sehlōhō le hona ka tsela e feteletseng. Leha ho le joalo, esita le linaheng tseo ho tsona re etsang mosebetsi oa rōna ka bolokolohi, Satane le peō ea hae ba lula ba leka ho senya botšepehi ba rōna ka litsela tse poteletseng le ho feta. Leha ho le joalo, pelo ea Jehova e thaba hakaakang ha bahlanka ba hae ba lula ba tšepahala! (Liprov. 27:11) Liphihlelo tse latelang li bontša kamoo letsatsi le letsatsi batho ba Molimo ba lulang ba tšepahala kateng lefatšeng ka bophara.

Sweden

Morali e mong oabo rōna ea sebetsang sepetlele eo e bileng e leng pula-maliboho o ne a tlameha ho lula a loantša bothata ba ho ferehoa ke basebetsi-’moho ba nang le morero oa boitšoaro bo bobe. Leha ho le joalo, o se a fumane leqheka le atlehang la ho qoba maemo a joalo. Taba ea pele, ha batho ba bacha ba fihla mosebetsing o ba bolella hore ke Paki ea Jehova ’me hangata o ba bolella hore o nyetsoe. Ha monyetla o hlaha, o bolella batho bao a sebetsang le bona hore eena le monna oa hae ba rata lintho tse tšoanang, kahoo o hatisa hore lenyalo la bona le tiile. Ha ho hlokahala hore a buisane le ngaka ka mokuli, o etsa bonnete ba hore o kopana le eona kamoreng ea ho jela moo ho tla be ho e-na le batho ba bang. Haeba ka tšohanyetso motho e mong a kena kamoo a sebeletsang ka teng a bile a koala monyako, hang-hang o rapela Jehova ’me o tsoela pele ho bontša botsoalle empa a ntse a itšoere ka tsela e hlomphehang eo a lokelang ho itšoara ka eona mosebetsing.

Jeremane

Marian o qetile lilemo tse 13 a sebeletsa k’hamphani e ’ngoe ea Jeremane leboea. Kaha o sebetsa lichifi tse sa tšoaneng, o ’nile a thatafalloa ho ba teng libokeng tsa har’a beke. O re: “Seo se ne se nkutloisa bohloko kaha ke hlile ke rata liboka. Ke ne ke kōpa Jehova khafetsa hore a nthuse ke fumane tsela ea hore ke be teng libokeng tsohle.” Marian o ile a rapella sebete e le hore a khone ho buisana le mookameli oa hae ’me mookameli o ile a mo lumella hore a tsamaee pele ho nako ka matsatsi a liboka, hafeela a qetile mosebetsi oa hae. Tokisetso ena e ile ea sebetsa hantle ho fihlela ha mookameli oa hae a nkeloa sebaka ke motho e mong ea neng a sa lumelle Marian hore a tsamaee pele ho nako. Marian o ne a tla etsa’ng? O re: “Ke ile ka bolella mookameli oa ka e mocha ka tlhompho hore ke tla ea kōpa mookameli e moholo oa k’hamphani.” Ha Marian a buisana le mookameli e moholo, o ile a fana ka bopaki bo botle a ba a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a batla ho ba teng libokeng. Mookameli e moholo o ile a lumella Marian hore a tsamaee pele ho nako ka matsatsi a liboka, hafeela batho ba bang kaofela bao a sebetsang le bona chifing eo ba lumela. Kahoo Marian o ile a bitsa basebetsi-’moho le eena a ba hlalosetsa litaba ’me le bona a ba fa bopaki bo botle. Joale Marian o se a khona ho ba teng libokeng tsohle tsa har’a beke. O re: “Ho ne ho se bonolo hore ke be teng libokeng, empa ho rapela Jehova ka tieo ho ile ha mpha matla a fetang se tloaelehileng.”

Brithani

Teko e boima ea tumelo eo Sophie ea lilemo li 16 a thulanang le eona ke hore o lula a memeloa liphathing sekolong. O re: “Le hoja ho utloahala ho hlile ho le monate liphathing tse ling, kea tseba hore ke tla itšola ha nka ea hobane ho tla etsahala lintho tse ka ’nang tsa nkenya mathateng ha nako e ntse e ea. Haufinyane tjena ngoanana e mong o ile a ’memela phathing, a hatisa hore ke ‘’moka’ feela. Hamorao ke ile ka fumana hore mafelo-bekeng ao e ne e boetse e le letsatsi la hae la tsoalo. Ke ile ka thaba hore ebe ha kea ea hobane ka mor’a moo, ke ile ka utloa hore metsoalle ea hae e mengata eo a kenang sekolo le eona e ne e tahiloe kaha batsoali ba hae ba ne ba le sieo bosiung boo. Ka lebaka leo, nka mpa ka ea ikhatholla le batho ba bang ba lilemo tse sa tšoaneng ba leng ’neteng ba tla nthusa moeeng. ’Na le khaitseli ea ka re atisa ho mema batho ba baholo le bacha hore re tl’o bapala ’mino, re tl’o besa nama, kapa re e’o otlolla maoto libakeng tse ka ntle ho toropo. Joale ha batho ba re ke ee le bona phathing, kea ipotsa hore na ebe seo se tla ama kamano ea ka le Jehova joang. Ke hlokometse hore ho hang ha u fetoe ke letho ha u etsa se nepahetseng.”

Italy

Ka makhetlo-khetlo, banana ba bang sekolong ba ile ba fereha Giovanni ea lilemo li 17, empa ho na le ngoanana e mong ea neng a hlile a le leqoophe ho feta ba bang. Ha ngoanana eo a bona hore Giovanni ha a mo natse, o ile a mo ngolla lengolo le reng: “Ke nahana hore ’na le uena re ka tšoanelana. Kea u rata. Ho na le lintho tse ngata tseo ke li ratang ho uena, empa haholo-holo ke rata botho ba hao. Ke tšepa hore u tla etsa qeto e nepahetseng. Ke ’na oa hao, moratuoa.” Eaba o ngola lebitso la hae qetellong ea lengolo leo ’me ha a qeta ho le koala, a suna enfelopo ka lipstick. Giovanni o re: “Bonneteng ho ne ho hlile ho nyolosetsa matsatsing a seng makae ka mor’a moo. Ke ne ke ipotsa hore na ebe ke sa tla hlola ke kopana le ngoanana e motle joaloka eena. Ha bana bao ke kenang sekolo le bona ba utloa ka taba eo, ba ile ba nkhothalletsa hore ke mo lumele. Ba re, ‘Se k’a bapala ka monyetla oo monna, u tla be u le sethoto ha u ka mo hana.’ Leha ho le joalo, ke ile ka ikutloa ke se ke sa itsebe hantle hore na ebe ke sa le Mokreste. Ke ile ka rapela Jehova ka ba ka bua le batsoali ba ka ’me qalong ba ile ba tšoha hobane ba ne ba sa hlokomele hore ke thulana le maemo a tjena. Re ile ra hlahloba Bibele hammoho ka ho teba, re sebelisa haholo-holo buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ke ile ka boela ka buisana le barab’abo rōna ba hōlileng moeeng ka phuthehong. Qetellong ke ile ka etsa qeto e nepahetseng eaba ke hana ngoanana eo. Hona joale bana bao ke kenang sekolo le bona ba se ba ntlhompha haholo ka lebaka la ho tiea ha ka.”

Mexico

Antonio ea lilemo li 59, ea seng a qetile lilemo tse 37 a kolobelitsoe, o re: “Ha ke le lilemo li 19 feela, ke ile ka tšoaroa ke ramatiki e mpe ka ho fetisisa e tšoarang bana. E bile ho nyahamisang haholo ho tšoaroa ke lefu leo le nkholofalitseng hoo ke seng ke qetile lilemo tse 35 ke tsamaea ka setulo sa likooa. Ka linako tse ling kea tepella. Empa ke matlafatsoa ke ho lula ke le maphathaphathe mesebetsing ea Bokreste hafeela matla a ka a ntumella.” Lilemong tse supileng tse fetileng, boemo ba Antonio bo ile ba mpefala le ho feta ha ’mè oa hae a hlokahala, kaha e ne e le eena ea mo hlokomelang. Antonio o ne a tla etsa joang? O re: “Ho tloha ka nako eo, ke bone hore Jehova ha a lahle bahlanka ba hae empa o ba fa thuso eo ba e hlokang. Phutheho e ile ea lokisetsa hore mora e mong oabo rōna a ntlhokomele ’me barab’abo rōna ba bang ba nthusa ho reka lintho tseo ke li hlokang.” Antonio o labalabela nako eo ka eona litšepiso tsohle tsa ’Muso li tla phethahala.

“ETSA HORE SEBAKA SA TENTE EA HAO SE BE SEHOLO”

“Etsa hore sebaka sa tente ea hao se be seholo. Ba otlolle masela a tente a tabernakele ea hao e khōlō.” (Esa. 54:2) Re bona ka ho hlaka hore mantsoe ana a boprofeta a phethahala ka tsela e hlollang hobane ho lula ho hlokahala libaka tse eketsehileng tsa borapeli le hore mehaho ea makala e atolosoe. Ho phaella mosebetsing o mong kaofela oa kaho o entsoeng lefatšeng ka bophara selemong sena se fetileng, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thaba haholo ha makala a latelang a tšeletseng a neheloa.

Puerto Rico

Lilemo tse 13 feela ka mor’a hore ho phethoe mohaho oa ho qetela oa lekala, ho ile ha hlokahala hore lekala leo le atolosoe hobane mafapha a ’maloa a ne a se a hōlile. Ka la 16 September, 2006, David Splane, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea nehelo.

Colombia

Ka la 11 November, 2006, bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse 30 ba ile ba phutheha lekaleng la Colombia ho tla mamela lenaneo la ho neheloa ha mohaho o atolositsoeng o Facatativá, e bohōle ba lik’hilomithara tse 42 ka leboea-bophirimela ho Bogotá. Batho ba 3 605 ba ile ba e-ba teng. Boholo ba ba neng ba qetile lilemo tse 30 kapa 40 ba sa bonane ba ile ba hakana ba nyakaletse ’me kaofela ha bona ba thabela puo ea nehelo e ileng ea fanoa ke Gerrit Lösch, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang.

Fiji

Mohaho o motle oa ofisi ea lekala o okametseng kou ea leoatle o sebakeng se bohōle ba metsotso e mehlano feela ha u tloha khubung ea Suva, eo e leng motse-moholo oa Fiji. Ka Moqebelo oa la 11 November, 2006, Geoffrey Jackson, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea nehelo e neng e mametsoe ke batho ba 410.

Burundi

La 25 November, 2006, e bile letsatsi leo Lipaki Tsa Jehova naheng ena e ntle e Afrika bohareng li ke keng tsa le lebala. Batho ba 1 141 ba tsoang linaheng tse 11 ba ile ba thabela ho ba ’moho le Guy Pierce, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, ha ho neheloa mohaho o mocha o motle oa lekala. Ho totobetse hore Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi ’me ho na le ba bangata ba ka ’nang ba ikopanya le rōna borapeling ba Jehova.

Rwanda

Ka mor’a merusu e nkileng lilemo tse 30, e akarelletsang ho thibela mosebetsi, esita le ntoa ea bana ba thari, bara le barali babo rōna ba Rwanda ba ile ba thabela ho amohela Guy Pierce nakong ea ha ho neheloa ofisi ea bona ea lekala e ncha e ntle e pota-potiloeng ke lirapa tse bohehang.

Ho sa tsotellehe masetlapelo a tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oohle, eo ho eona barab’abo rōna ba bangata ba ileng ba bolaoa, mosebetsi oa Jehova o ’nile oa tsoela pele ho hōla naheng ena e tsejoang e le Naha ea Maralla a Sekete. Har’a batho ba 553 ba ileng ba mamela lenaneo la nehelo ka Moqebelo oa la 2 December, 2006, ho ne ho e-na le baeti ba 112 ba tsoang linaheng tse 15.

Uganda

Ka la 20 January, 2007, ho ile ha neheloa lekala le lecha le hahiloeng ka boroa mathōkong a Kampala, eo e leng motse-moholo oa Uganda. Batho ba 665 ba neng ba le teng ba ne ba akarelletsa baeti ba 170 ba tsoang makaleng a 20 hammoho le Anthony Morris, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, ea ileng a fana ka puo ea nehelo.

“JEHOVA O ENTSE NTHO E KHŌLŌ”

Ha re nahana ka lintho tse hlollang tseo Jehova a li entseng selemong se fetileng, ha ho pelaelo hore re na le lebaka le utloahalang la ho thaba. Re le ntsoe-leng re pheta mantsoe a teboho a mopesaleme ha a ne a re: “Jehova o entse ntho e khōlō ka seo a se entseng ho rōna. Re thabile.”—Pes. 126:3.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ruri e Bile Phutuho ea Lefatše ka Bophara

Batho ba ’maloa ba lulang libakeng tse sa tšoaneng ba ne ba ipotsa hore na ebe pampitšana ea Kingdom News e hlile e ajoa lefatšeng ka bophara. Ka mohlala, monna e mong ea neng a sa kholoe seo, Brazil, o ile a re mohoeletsi a eme hanyenyane a letsetse motsoalle oa hae United States, a utloe hore na eena o se a e fumane. Motsoalle oa hae o ile a re: “E, ke e fumane metsotsong e leshome e fetileng.” Seo se ile sa khahla monna eo hoo a ileng a amohela pampitšana ea Kingdom News a ba a tšepisa hore o tla e bala ka hloko.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ho ne ho e-na le memo e le ’ngoe feela ka lebokoseng la poso la phutheho

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Antonio o mothating oa ho ea tšimong

[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

Makala a Ileng a Neheloa

Puerto Rico

Rwanda

Colombia

Burundi

Fiji

Uganda

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela