Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
“KE TLA rorisa Jehova ha ke sa ntse ke phela. Ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.” (Pes. 146:2) Haeba mopesaleme a ne a ntse a phela o ne a tla thaba hakaakang ha a bona hore Jehova o rorisoa ho feta leha e le neng pele! Thoriso ena e eketsoa ke buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e thusang batho ba bangata ba batlang ho tseba ’nete ka Molimo.—Lik. 17:27.
E le ho eketsa thoriso e isoang ho Jehova, makala a mangata a lokiselitse hore ho be le thupelo ea ho ithuta lipuo tse ling e le hore bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba ka bolella batho ba eketsehileng litaba tse molemo. Mohlomong le uena u ka thabela ho atolosa tšebeletso ea hao ka ho ithuta puo e ’ngoe.
Jehova o ile a boela a rorisoa nakong ea phutuho ea libeke tse tharo e ileng ea etsoa linaheng tse ka bang 155 lefatšeng ka bophara, ha ho ne ho tsamaisoa leqetšoana le khethehileng le memelang batho Likopanong Tsa Setereke Tsa “Topollo e Atametse!” Bahoeletsi ba ’Muso ba limilione liphuthehong tse fetang 99 000 ba ile ba kopanela phutuhong ena eo ho seng mohla e kileng ea etsoa. Komiti e ’ngoe ea Kopano e ile ea re: “Phutuho ena e ile ea susumelletsa ba bacha hore ba qale ho ba bahoeletsi, ’me ba bang ba neng ba se ba sa kopanele tšebeletsong ba ile ba qalella hape.” Mora e mong oabo rōna eo ho neng ho se ho fetile lilemo tse 35 a sa kopanele tšebeletsong o ile a fumana leqetšoana lena monyako ’me haesale ho tloha ka nako eo o ba teng libokeng tsohle! Tse ling tsa liphihlelo tse tsoang makaleng ka ho fapana ke tsena.
Fora
Ha mosali e mong oa Mok’hatholike le monna oa hae ba etetse mong ka bona, ba ile ba bona leqetšoana lena lelapeng leo ’me ba thahasella lipotso tse botsitsoeng ho lona. Ba ile ba ea kopanong le bana ba bona ba bararo. Ha ba fihla kopanong, mohlokomeli o ile a ba lumelisa ka mofuthu, a ba fa Libibele, ’me a ba lulisa pel’a lelapa le leng la Lipaki le neng le lula lik’hilomithara tse ka bang tharo feela ho tloha moo ba lulang teng! Malapa ana a mabeli a ile a qeta letsatsi lohle a le ’moho a ba a lokisetsa hore a tla ba le thuto ea Bibele. Beke ka mor’a kopano e ne e le ketelo ea molebeli oa potoloho, ’me lelapa lena le thahasellang le ile la ea sebokeng.
India
Sunita ke khalala ea ’mino e ileng ea ea tšoara mokete oa boithabiso Canada. Lipaki tse ileng tsa kopana le eena naheng eo li ile tsa mo memela sebokeng sa Sepunjabi. O ile a ea ’me a thabela seboka seo hobane Bibele e ne e sebelisoa haholo. Ha a fuoa leqetšoana le mo memelang kopanong, kapele-pele o ile a hlakola likonsarete tseo a neng a tl’o li tšoara mafelo-bekeng ao e le hore a ka ea kopanong ka matsatsi ’ohle a mararo. Sunita ha aa ka a ikoahlaela qeto eo a e entseng. Ha letsatsi la pele le fela o ile a re, “Litaba tsena ke ’nete.” Ha a khutlela India, o ile a ea Holong ea ’Muso le ’mè oa hae, mora oa hae, ngoan’a khaitseli ea hae le motsoalle oa hae. Taba ena ha ea ka ea khotsofatsa baruti ba kereke ea hae ’me ba ile ba buisana le eena, empa o ile a ba bolella hore o ikemiselitse ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ha e le hantle, o ile a ba bolella hore le bona ba lokela ho ea Holong ea ’Muso!
Serbia
Mosali e mong oa Lechaena eo re tla mo bitsa Mei Li o lula Belgrade. Ka 2006 o ile a qala ho bala Molula-Qhooa ka sehahabo. Ha Mei Li a fuoa leqetšoana le mo memelang kopanong ea Sechaena Leipzig, Jeremane, o ile a ikemisetsa ho ea le hoja Leipzig e ka ba lik’hilomithara tse 1 000 ho tloha Belgrade. O ile a batla visa ea matsatsi a mararo, eaba o leba Munich ka sefofane ’me o fetela Leipzig ka terene, e leng leeto le ileng la nka moputso oa likhoeli tse peli. Seo a ileng a ithuta sona ha a le kopanong eo le ha a ntse a qoqa le ba tlileng kopanong se ile sa mo thabisa haholo. Ha Mei Li a khutlela Belgrade, eena le ’mè oa hae ba ile ba lumela ho khanneloa thuto ea Bibele ’me ba qala ho ba teng thutong ea buka ea Sechaena.
United States
Tlaleho e tsoang Komiting ea Kopano e re: “Ka matsatsi ’ohle a mararo ho ne ho bonahala baeti har’a bamameli. Moeti e mong e ne e le mosali ea ileng a fuoa leqetšoana le mo memelang kopano letsatsi ka mor’a hore a rapele Molimo hore a mo thuse hore bophelo ba hae bo be le morero. O ile a khanna koloi lihora tse peli ho ea kopanong ka Moqebelo le Sontaha, ’me o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele.” Tlaleho ena e boetse e re: “Monna e mong o ile a mathela mor’abo rōna ea neng a siile leqetšoana lena ho mora oa hae. Mor’abo rōna o ne a sa tsebe hore na monna eo ikemiselitse’ng ’me ho ile ha re kokololo! ha monna eo a mo kōpa ka mosa hore a khutlele ha hae ba il’o buisana. Monna eo o ile a nka Bibele ea hae eaba o botsa lipotso tse ngata, ’me thuto ea qala.”
Mora e mong oabo rōna o ile a fa monna e mong leqetšoana lena sebakeng seo ho ntseng ho hahoa ho sona. Monna eo o ile a re, “Na nka tsebisa ba bang taba ee?”
Mor’abo rōna o ile a re, “Hantle haholo!” empa o ne a sa tsebe hore monna eo o hasa lenaneo seea-le-moeeng ka Moqebelo hoseng. O ile a fela a tsebisa ba bang ka memo ena ka ho e bala nakong ea lenaneo la hae! Ka lebaka la sena, batho ba bangata ba ile ba batla ho tseba ka leqetšoana lena.
Ngoanana e mong ea lilemo li 12 ea bitsoang Morgan ke pula-maliboho ea thusang. Beke pele ho phutuho ena e khethehileng, o ile a kopana le monna ea ileng a botsa lipotso tse ngata tsa Bibele ’me o ile a mo memela puong ea phatlalatsa Holong ea ’Muso. Monna enoa o ile a tla le hoja a ile a lokela ho tsamaea hang-hang ka mor’a moo ho ea phupung ea mong ka eena. Ha ho qaloa phutuho e khethehileng, Morgan o ile a fa monna enoa leqetšoana le mo memelang kopanong. Monna eo o ile a re, “Joang kapa joang ke tla ba teng ka Moqebelo le Sontaha, empa ke tlameha ho sebetsa ka Labohlano.” Eaba o botsa hore na Lipaki tsona li ee li etse joang maemong a joalo. Morgan o ile a re, “Hangata li kōpa letsatsi, empa ka linako tse ling li ee li lokele ho tlohela mosebetsi.”
Ha Morgan a mo etela hape, monna eo o ile a mo bolella hore o kōpile lifi ea Labohlano ho mookameli oa hae, ’me o mo boleletse hore haeba a sa mo fe eona, o tla tlohela mosebetsi. Mookameli oa hae o ile a mo bolella hore ha a batle ho lahleheloa ke mohiruoa oa bohlokoa joaloka eena le hore a ka nka lifi ka Labohlano esita le ka Labone e le hore a tle a tsebe ho itokisetsa kopano.
Monna enoa o ile a ba teng kopanong ka matsatsi ’ohle a mararo, empa o ne a se mong. O ne a e-na le litho tse robeli tsa lelapa la hae le metsoalle ea hae e 12 le malapa a eona—e leng batho ba 35 kaofela! Ha a bolella Morgan hore o tla tla le batho ba ka bang 30, Morgan o ile a re, “Nke ke ka khona ho le behela litulo tse ngata hakaalo.”
Monna eo o ile a re, “Ha ho bothata. Leha re ka lula marulelong ho tla be ho ntse ho lokile.” Leha ho le joalo, bohle ba ile ba lula hantle.
“BUKA ENA . . . E RUTA JOALOKA JESU”
Litlaleho li bontša hore buka e thusang batho ho ithuta Bibele, e leng buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e etsa hore mosebetsi oa boboleli o atlehe haholo. Seithuti se seng sa Bibele se ile sa re, “E bula mahlo ’me e matlafatsa pelo le kelello.” Tlalehong ea hae, molebeli oa setereke o re: “Motho ha a khone ho beha buka ena fatše hobane e ruta joaloka Jesu. E toba taba, ha e hlathe koana le koana ebile e hlakile, leha ho le joalo, e khatholla haholo.” Nahana ka liphihlelo tse latelang.
Australia
Ha mora e mong oabo rōna a ntse a lokisa lintho tse itseng lelapeng la mosali e mong ea neng a kula, o ile a mo bolella lintho tse re fang tšepo tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsa. Ha a khutlela ha mosali eo ka mor’a matsatsi a seng makae le morali’abo rōna oa pula-maliboho, mosali eo o ile a batla ho tseba haholoanyane ka matsatsi a ho qetela. Lipaki li ile tsa ntša buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me tsa phetla khaolo ea 9 e reng “Na re Phela ‘Matsatsing a ho Qetela’?” eaba li tšohla khaolo eo le eena. Mosali enoa o ile a makala ha a utloa litaba tse ngotsoeng ka Bibeleng. O ile a re, “Kereke ea ka e ntlohetse ke le lefifing le letšo.”
Mora enoa oabo rōna o re: “Ha re boela ho eena, re ile ra ithuta khaolo ea 1 e reng, ‘Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?’ le karolo e tsamaisanang le eona sehlomathisong, e hlalosang hore na ke hobane’ng ha lebitso la Molimo le ntšitsoe Libibeleng tse ling. Ha mosali enoa a bala selelekeleng sa Bibele ea hae hore bafetoleli ba ngotse ‘Morena’ ho e-na le ho ngola ‘Jehova,’ o ile a halefa kahobane a ne a boleletsoe hore Bibele eo ea hae e fetoletsoe ka bokhabane. Mosali enoa o se a batla ho ea libokeng tsa Bokreste.
Belgium
Morali e mong oabo rōna ea bitsoang Ingrid o ile a kopana le mosali e mong oa Moafrika ea hloileng Lipaki Tsa Jehova. Ha Ingrid a mo bontša ka mosa buka ea Seo Bibele e se Rutang, o ile a boba hobane o ne a labalabela ho utloisisa Lentsoe la Molimo. O ile a ba a lumela ho ithuta, leha ho le joalo, o ile a tsitlella hore ho baloe mangolo ’ohle. Hona joale mosali enoa o ba teng libokeng, hangata oa araba ’me o se a batla ho ba mohoeletsi oa ’Muso.
Brazil
Lipaki li ile tsa ithuta Bibele le Paulo ha a sa ntsane a kena lilemong tsa bocha. Ka masoabi, lelapa labo le ile la qhalana ha a le lilemo li 16. E le hore a khone ho hlokomela ’mè oa hae, Paulo e ile ea e-ba setho sa bente ea samba ’me a kopanela boitšoarong bo bobe a ba a noa joala ho tlōla. Leha ho le joalo, linnete tse ling li ne li ntse li saletse pelong ea hae. Ka mohlala, o ile a utloa bohloko ha a lokela ho ea bina setsing sa bolumeli ba voodoo kaha o ne a hlokomela hore bo amana le bodemona. Hape o ile a bona kamoo bophelo ba hae bo se nang morero kateng. Kahoo, ka 2005 ha mora e mong oabo rōna e monyenyane a bontša Paulo buka ea Seo Bibele e se Rutang, o ile a boela a ba le thahasello ’me a qala ho ithuta. Ka mor’a nakoana, o ile a tlohela bente eo ’me hona joale o ba teng libokeng tsa Bokreste.
Brithani
Ha Marilyn a le tšebeletsong ea ntlo le ntlo, o ile a kopana le ’mè e monyenyane ea neng a thahasella Bibele ea bitsoang Melanie. Marilyn o ile a mo siela pampitšana a ba a tšepisa hore o tla khutla. Ka mor’a hore Marilyn a fumane Melanie a le sieo ha hae ka makhetlo a ’maloa, o ile a qetella a mo fumane. Marilyn o re, “Ke ile ka etsa qeto ea hore hang-hang ke hle ke sebelise buka ea Seo Bibele e se Rutang, ’me sena se feletse ka thuto ea Bibele e tsoelang pele. Nakoana pele ho Keresemese, ke ile ka makala ha Melanie a re leo e tla ba lekhetlo la ho qetela a e-ba le sefate sa Keresemese. O ne a se a balile likhaolo tse ka pele bukeng ena ’me a ithutile ’nete ka Keresemese.”
Colombia
Mookameli oa Consuelo o ile a mo fa matsatsi a ho ea kopanong ea setereke. Ha Consuelo a khutlela mosebetsing, mookameli oa hae o ile a mo botsa hore na ho ne ho le joang kopanong, ’me ba ile ba qoqa hamonate. Ha Consuelo a mo bontša buka ea Seo Bibele e se Rutang, o ile a kōpa hore a mo alime eona. O ile a e khutlisa ka mor’a matsatsi a mabeli, ’me a bolela hore ke buka e monate. Consuelo o ile a re, “Ha ea etsetsoa ho baloa feela, empa e etselitsoe hore motho a ithute eona,” eaba o mo bontša hore na a ka ithuta eona joang. Mookameli oa hae o ile a re, “U bolela hore nka ithuta buka ee?” O ile a lokisetsa hore a khanneloe thuto, ’me kapele ka mor’a moo mosali enoa o ile a qala ho pakela ba lelapa la hae le metsoalle. Hape o ile a qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste, ka linako tse ling a tsamaea le mora oa hae le nkhono oa hae.
Guyana
Joseph ke pula-maliboho oa kamehla, ’me o ile a qala ho ithuta buka ea Seo Bibele e se Rutang le monna ea neng a kile a kopana le Lipaki khale motse-moholo Georgetown. Ha Joseph a il’o khanna thuto ka lekhetlo la pele, o ile a fumana monna enoa le bara ba hae ba babeli le basali ba bona ba se ba mo emetse. Le bona ba ile ba amohela libuka tseo. Bekeng e latelang, ntate eo o ile a re tichere e alimile buka ea hae ea Seo Bibele e se Rutang ebile e se e e balile. Tichere eo e ile ea re, “Seo buka ena e se buang ke ’nete.” Tichere le eona e ile ea e-ba teng ha ba khanneloa thuto. Ho sa le joalo, moahelani o ile a utloela ka thuto ena ’me a kōpa hore le eena a be teng. Joseph o ile a ba memela Sehopotsong kaofela. Le hoja monna eo Joseph a qalileng ho ithuta le eena a sa ka a ba teng kahobane a ne a kula, lelapa la hae le ile la ea Sehopotsong, hammoho le tichere le lelapa la eona. Bohle ba ntse ba hatela pele hantle haholo.
Poland
Ha Lucjan a ntse a paka seterateng, o ile a kopana le Jan ea lilemo li 50, eo e neng e le motsoalle oa hae ha ba sa kena sekolo, ’me e se e le khale ba sa kopane. Moqoqong oa bona o neng o akarelletsa litaba tse hlahang bukeng ea Seo Bibele e se Rutang, Jan o ile a bolela hore o shoetsoe ke mosali ’me o se a qalile ho tsuba le ho itlopa joala. Lucjan o re, “Ha ke khutlela ho Jan ka mor’a matsatsi a ’maloa ke e-na le motsoalle e mong oa ka, re ile ra fumana a re emetse. Joalokaha a ne a kōpile, hang-hang re ile ra qala ho ithuta buka ea Seo Bibele e se Rutang.” ’Nete e ntse e thopothela pelong ea hae, ’me o leka ho tlohela lintho tseo e neng e se e le lekhoba la tsona le ho laola lipuo tsa hae tse neng li batla li hlohlontša litsebe.
Spain
Ke hobane’ng ha ngaka ea mali e ile ea eletsa mokuli ea tetebetseng maikutlo hore a ithute Bibele? Litho tse peli tsa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele li ile tsa etela ngaka ena ’me tsa e fa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ngaka ena hammoho le mokuli e mong ba ne ba tetebetse maikutlo ka lebaka la ho kula haholo. Kaha ngaka e ile ea khahloa ke buka ea Seo Bibele e se Rutang, e ile ea e bontša mokuli ea ba ea mo kholisa hore ha ba ka ithuta le Lipaki, ka bobeli ba bona ba tla ba le tšepo bophelong. Ka mor’a matsatsi a se makae, mosali eo o ile a kopana le morali’abo rōna oa pula-maliboho bopaking ba seterateng ’me a lumela hore a mo khannele thuto. Ngaka ena le eona e ile ea qala ho ithuta ’me e se e e-ba teng libokeng tsa Bokreste.
Zambia
Goliath ke ramotse ea neng a e-na le basali ba babeli le bana ba leshome, ’me le hoja e se senatla joaloka Goliathe oa Bibeleng, eena le ba lelapa la hae e bile linatla moeeng. Goliath o ile a qala ho fetoha hang ka mor’a hore a bale buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ka January 2006, eena le lelapa la hae ba ile ba qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste, ’me ka February o ile a arohana le mosali oa hae oa bobeli eaba o ngolisa lenyalo la hae ka molao le mosali oa hae oa matsoathaka. (Mat. 19:4-6; 1 Tim. 3:2) Ka March o ile a itokolla mosebetsing oa ho ba ramotse, ’me ka April eena le mosali oa hae, Esther, e ile ea e-ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ho totobetse hore bademona ha baa ka ba thabela hore ebe ba se ba batla ho sebeletsa Jehova, kahoo, ba ile ba qala ho hlekefetsa Esther. Leha ho le joalo, o ile a ba hanyetsa joalokaha Jakobo 4:7 e bolela. Hoo ho ile ha fella ka eng? O re, “Hona joale ’na le monna oa ka re lokolohile.”
HO ETSA MATSAPA A HO PAKA KA PUO E ’NGOE
Linaheng tse ngata ho bile le tšubuhlellano ea batho ba tsoang linaheng tse ling ba buang lipuo lisele, ’me boholo ba batho bana ba tsoa linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa boboleli o sa etsoeng ka bolokolohi. Ka lebaka lena, “monyako o moholo o isang tšebetsong” o butsoe, ’me bara le barali babo rōna ba bangata ba kena ka oona ka ho ithuta puo e ’ngoe. (1 Bakor. 16:9) Ho feta moo, linaha tse ling li na le batho ba bangata bao e leng matsoalloa a moo ba buang puo e buuoang ke batho ba seng bakae. Bahoeletsi ba ’Muso ba ithuta lipuo tsena ’me ba fumana moputso o moholo.
E le hore mosebetsi o tsoele pele masimong a joalo, makala a mangata a hlophisitse hore ho be le thupelo ea ho ithuta lipuo tse ling. Kaha thupelo ena e lokiselitsoe hore batho ba tle ba ithute lipuo ka potlako, hangata ba rutoa ka maemo a hlileng a hlahang tšebeletsong. Elisa, ea ithutang Sealbania o re, “Thupelo ena e u thusa hore u hle u ikakhele ka setotsoana puong eo u ithutang eona.”
Belgium
Lekala le tlaleha hore ho bile le bahoeletsi ba lilemo li 9 ho isa ho ba lilemo li 71 ba fetang 300 lihlopheng tse 17 tsa ho ithuta lipuo tse 10. Enora o re, “Ke ithutile puo ena ea Seturkey ’me ke se ke rata batho ba e buang.” Annelies o ithuta Sechaena, ’me o ile a buisana le moqolotsi oa litaba oa thelevisheneng. Moqolotsi enoa oa litaba o ne a batla ho hasa lenaneo le mabapi le motho ea etsang ntho e ncha bophelong. Annelies o ile a hlalosa lebaka leo a ithutang Sechaena ka lona. Selemo hamorao, moqolotsi enoa oa litaba o ile a khutla, ’me Annelies o ile a mo bolella litholoana tse ntle tseo a bileng le tsona tšebeletsong. Ho bonahala hore moqolotsi enoa oa litaba o ile a thabela sena, hobane lenaneo leo le ile la hasoa thelevisheneng nakong ea ha batho ba bangata ba shebeletse, ’me le ne le akarelletsa puisano ea hae le Annelies hammoho le setšoantšo sa moo Annelies a pakang teng ka Sechaena seemelong sa libese.
Netherlands
Lekala la mona le re: “Ntle le hore thupelo ena ea ho ithuta lipuo tse ling e entse hore ho be le basebetsi ba bangata tšimong ea lipuo lisele, e boetse e thusitse barab’abo rōna hore ba etelle pele liphuthehong.” Netherlands, ho ne ho hlokahala bahoeletsi ka potlako tšimong e sa ntsaneng e le ncha ea Seromania. Lekala le ne le hlophisitse hore nako le nako ho be le liboka, empa ke mor’abo rōna a le mong feela ea neng a ka etella pele, ’me o ne a fokolloa ke bophelo. Joale, ka lebaka la thupelo ena ea ho ithuta lipuo tse ling, ho bile le barab’abo rōna ba eketsehileng ba tšoanelehang hore ba etelle pele. Mora e mong oabo rōna o khanna thuto ea buka beke le beke, e mong o khanna Thuto ea Molula-Qhooa, e mong eena o toloka lipuo ha li fanoa ka Sedache.
Spain
Ho tloha ka 2003, lekala le ile la lokisetsa hore ho be le lihlopha tse 48 tsa ho ithuta lipuo tse 10, ’me palo ea lithuto tsa Bibele e se e eketsehile hoo li ka bang 50 000. Juan le Mari Paz ke banyalani bao e leng bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’me ba ile ba kena lelapeng la batho ba buang Seromania. Ka potlako batho ba 16 ba ile ba khobokana ho tla mamela, ho kopanyelletsa le Mario ea lilemo li 19, ea neng a hlile a hloaile tsebe. Le hoja a ne a sa tsebe Sepanishe ’me bo-pula-maliboho ba sa tsebe Seromania, o ile a amohela bukana ea Seo a se Hlokang ka puo ea habo. Bekeng e hlahlamang, Mario o ile a kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele ’me o ile a ba teng kopanong e khethehileng ea letsatsi le le leng, le hoja a ne a sa utloisise boholo ba se buuoang. Ka mor’a libeke tse ’maloa o ne a se a e-ba teng libokeng tsohle tsa phutheho ’me o ile a ba a qala ho araba ka bokhutšoanyane ka Sepanishe. O ile a lokisa mokhoa oo a shebahalang ka oona a ba a qala ho bolella ba bang tšepo eo a seng a e-na le eona. Hona joale o khannela banyalani ba bang ba buang Seromania thuto ea Bibele, ’me ba tsoela pele hantle.
Ho sa le joalo, Juan le Mari ba ile ba qala ho ithuta Seromania, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane ba ne ba se ba khanna lithuto tsa Bibele tse 30 ka puo eo! Juan o boetse o khanna thuto ea buka ka Seromania. Ka mor’a thuto, bahoeletsi ba 10 ba rutoa Seromania ke Mario, eo e leng eena oa pele ea ileng a khanneloa thuto ea Bibele.
United States
Batho ba fetang limilione tse 50 ha ba bue Senyesemane lapeng. Har’a Lipaki Tsa Jehova, bahoeletsi ba ka bang 254 000 ba kopanela liphuthehong tsa Sepanishe tse 3 052 le lihlopheng tse 53 tsa puo ena. Ho na le bahoeletsi ba bang ba 26 000 liphuthehong le lihlopheng tse 690 tse buang lipuo tse ling ntle ho Sepanishe. E le hore mosebetsi o etsoe tšimong ena e khōlō, lekala le lokiselitse hore ho be le lihlopha tse fetang 450 tse ithutang lipuo tse 29. Tlalehong ea hae, molebeli oa potoloho o re: “Lilemong tse peli tse fetileng ho thehiloe liphutheho tse ’nè tse ncha potolohong ea rōna. Tse tharo tsa tsona li hlahisitsoe ke lihlopha tse ithutang Sefora.”
Mora e mong oabo rōna ea ithutileng Sepanishe o re, “Re fumane seo re neng re ntse re se labalabela. Haesale ’na le mosali oa ka re ntse re batla ho ba baromuoa ka lilemo tse ngata, empa re ne re hōlisa bana ba babeli. Hona joale bana ba rōna ba hōlile, ’me ke se ke le pencheneng. Kahoo, likhoeling tse tharo tse fetileng, re ile ra fallela phuthehong ea Sepanishe, ’me re se re bile re fane ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Hape re na le maeto a mangata a ho boela ’me ho ka etsahala hore re be le lithuto tse hlano tsa Bibele. Joalokaha e mong oa rōna a le lilemo li 67 ’me e mong a le lilemo li 64, re ithutile hore ho ithuta puo e ’ngoe ha ho tsofalloe.”
Haeba tšimo ea heno e sa hlahise barutuoa ba bangata ba bacha ’me maemo a u lumella, ke hobane’ng ha u sa nahane ka ho ithuta puo e ’ngoe u be u rapelle see e le hore u ka fallela naheng esele kapa sebakeng seo puo eo e buuoang ho sona? Ho falla ho joalo ho ka hlahisa litholoana tse ngata, hape ho ka ’na ha u tsosa molota tšebeletsong.
Jeremane
Thupelo ea ho ithuta lipuo tse ling e qalile lilemong tse fetileng tse ka holimo ho 30 naheng ena, ’me liithuti tse fetang 1 000 li se li rutiloe lipuo tse robong, ho tloha ho Sealbania ho ea ho Sevietnam. Morali e mong oabo rōna o ile a re, “Thupelo ena e molemo ho feta eo ke e fumaneng univesithing.” Kaha liithuti li boetse li ithuta tsela eo batho ba linaha tse ling ba nahanang ka eona, li khona ho finyella lipelo ha li fana ka bopaki.
Paula ea lilemo li 82, o ile a ithuta Sevietnam ’me o ea libokeng tse bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 150. O re, “Ha kea fuoa talenta ea lipuo, empa ke leboha Jehova haholo ka thabo eo a mphileng eona.” Paula o ile a ithuta le lelapa la Mavietnam. Monna ke eena ea ileng a thahasella ’nete pele, eaba mosali le eena oa latela. Hona joale ka bobeli ba se ba kolobelitsoe.
Ho tloha ha ba kolobetsoa, banyalani bana hammoho le morali oa bona ba se ba khonne ho sebeletsa Jehova ka tsela eo esale ba lakatsa ho mo sebeletsa ka eona naheng ea habo bona. Ba hahile ntlo e lekaneng hore ho ka tšoareloa liboka teng, ’me monna ke moholo ebile ke pula-maliboho ea thusang. Mosali oa hae ke pula-maliboho oa kamehla. Thabo ea Paula e ile ea khaphatseha ha a fumana lengolo le tsoang lelapeng lena, ’me lengolong leo ba ne ba mo tsebisa hore ntate eo o ile a kolobetsa morali oa hae. Lengolong moo, ngoanana enoa o ne a itse: “‘Nkhono’ ea Ratehang. Ke u hlolohetsoe. Ke lula ke nahana ka uena. Nkhono Paula, u tla lula u le nkhono oa ka. Kea u rata.” Ee e bile phihlelo e khothatsang hakaakang ho morali eo oabo rōna ea ratehang, ea ileng a ithuta puo e thata botsofaling ba hae!
Canada
Ho tloha ka 2002 liithuti tse 554 li se li rupetsoe lihlopheng tse 31 tsa ho ithuta lipuo tse ling metseng e 10. Moholo e mong ea holofetseng maoto ea bitsoang Paul, o ne a ithuta Semandarin. Mooki ea mo hlokomelang ka linako tse ling ea bitsoang Linda, ke Lechaena. Kaha kereke ea Linda e ne e buile Lipaki hampe, o ne a sa batle ho utloa molaetsa oa ’Muso. Ka letsatsi le leng Paul o ile a mo kōpa hore a mo ise Holong ea ’Muso e le hore a ka mamela puo ea phatlalatsa ka Semandarin. O ile a lumela empa a lula a qoaile a bile a sa bontše thahasello. Nakoana ka mor’a moo, o ile a isa Paul thutong ea buka. Lekhetlong lena Linda o ile a mamela ka hloko hobane ke motsoali ea se nang molekane, ’me thuto eo e ne e tšohla bophelo ba lelapa. Ka mor’a moo, morali’abo rōna oa pula-maliboho o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le Linda, ’me o ile a lumela. O ile a tsoela pele ka potlako moeeng ’me hona joale ke morali’abo rōna.
Canada e na le batho ba bangata bao e leng matsoalloa a mona ba buang lipuo tsa habo bona. Lilemong tse sa tsoa feta, morali’abo rōna oa pula-maliboho ea bitsoang Carma o ile a pakela monna oa Leindia la Leblackfoot. Carma ea lulang motseng oa Mablackfoot le batsoali ba hae, o re, “Ha ke leka ho mo pakela ka Senyesemane, o ile a hana ho mamela. O ile a re ke kena kereke ea makhooa ebile Bibele ke buka ea makhooa. Ke ile ka re ka pelong, ‘Hoja ke ne ke tseba puo ea Mablackfoot le setso sa ’ona, monna enoa o ne a ka ’na a ’mamela.’” Carma o ile a etsa qeto ea ho ithuta puo eo ’me hamorao o ile a thusa bahoeletsi ba 23 ba neng ba ithuta puo ea Mablackfoot beke le beke.
E mong oa bahoeletsi bana o ile a pakela banyalani ba bang ba Mablackfoot ba neng ba il’o bona mora oa bona ea kulang sepetlele. Banyalani bana ba ile ba thaba haholo ha ba bona hore morali’abo rōna o thahasella puo ea bona, kahoo, ba ile ba mo fa aterese ea bona. Carma o ile a fumana hore monna eo ke eena eane eo a kopaneng le eena selemong se fetileng! Kahoo, o ile a tsamaea le morali enoa oabo rōna ha a etsa leeto la ho boela. Carma o re, “Ba ile ba mamela ’me ba ne ba bile ba lumellana le Bibele. Morali enoa oabo rōna o ile a ba botsa hore na ba ka thabela Bibele le buka e tla ba thusa ho ithuta. Mosali o ile a sekisa meokho, a beha lingoliloeng tseo tse peli sefubeng, ha monna eena a ne a ōma ka hlooho a bontša hore oa li thabela. Mosali enoa o se a ithuta, ’me monna oa hae o ba teng nakong ea thuto.”
Ha lekala le bontša kamoo thupelo ena ea ho ithuta lipuo tse ling e atlehileng kateng, le tlaleha hore ka 2006, Mablackfoot a 34 a ile a e-ba teng Sehopotsong se neng sa tšoeroe ka puo ea habo ’ona!
Italy
Bahoeletsi ba ka bang 7 200 ba se ba ithutile lipuo tse ling ka ho ba teng lithupelong tsa lipuo tse 18. E mong oa bahoeletsi bana o ile a kopana le Samson, ea tsoang naheng eo mosebetsi oa ’Muso o thibetsoeng ho eona. Ha Samson a le lilemo li 24, o ile a kena leetong leo a neng a re ke leeto la tšepo, a qala ka ho haola lehoatateng eaba o tsamaea ka sekepe o leba Italy. Ha a le moo o ile a kopana le mor’abo rōna ea neng a ithutile puo ea habo. Samson o ile a mo mamela ka thabo a ba a ea sebokeng sa Bokreste. Ha baa ka ba hlola ba kopana ka likhoeli tse 10, empa eitse ha ba boela ba kopana, eaba mor’abo rōna o qala ho ithuta Bibele le Samson. Ba ne ba ithutela lireschorenteng, liteisheneng tsa literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše, le moo ho emisoang likoloi teng. Ka mor’a hore Samson a ee Sehopotsong, o ile a qala ho hloekisa bophelo ba hae, a ba a arohana le mosali eo a neng a se a qetile nako e ka etsang selemo a lula le eena. Hona joale ke mor’abo rōna.
Nicaragua
Ka 2006 barab’abo rōna ba ile ba khona ho fana ka bopaki ka tsela e ntle ka lekhetlo la pele ho batho ba Mamayangna. Mamayangna a mangata a bolumeling ba Boprostanta ba Moravia, ’me hangata ramotse ea tšoereng molepo motseng o mong le o mong ke eena moruti. E mong oa baruti bana o ile a etsa ntho e sa tloaelehang ha a lumella Hamilton le Abner—bao e neng e le bo-pula-maliboho ba khethehileng—hore ba lule motseng oa hae. O bile a ba batlela marobalo a ba a ba fa Bibele e feletseng ea Semayangna. Bara bana babo rōna ba ile ba ithuta puo eo ’me ka mor’a nako e khutšoanyane ba ne ba se ba e-na le lithuto tse ’maloa tsa Bibele. Ha e le hantle, bo-pula-maliboho bana ke bona ba neng ba toloka nakong ea ha batho ba 13 ba tlile sebokeng ha molebeli oa potoloho a etetse moo ka lekhetlo la pele, le ka Sehopotso ha ho tlile ba 90. Bara bana babo rōna ba ile ba fetolela lipina tse peli tse binoang nakong ea Sehopotso ka Semayangna, ’me bohle ba ile ba li binela holimo.
Kahobane batho ba moo ba ne ba bontšitse thahasello e khōlō, lekala le ile la lumela hore bo-pula-maliboho bao ba ka lula moo ho ea ho ile. Empa na ebe ba boholong bona ba ne ba tla lumela? Sebokeng sa motse, ba bang ba ile ba qosa Lipaki Tsa Jehova ka ho re ke bahanyetsi ba Kreste. Leha ho le joalo, monna e mong eo e neng e le setho sa lekhotla la motse o ne a kile a ithuta le Lipaki. O ile a re, “Haesale bahlankana bana ba babeli ba fihla motseng mona, ha ke e-s’o bone ba pheheloa lijo kapa ba hlatsoetsoa liaparo. Ba iketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ba bile ba ithutile puo ea habo rōna! Ho feta moo, ba re rutile lintho tseo re neng re sa tsebe hore li teng ka Bibeleng. Hoja banna bana ba ne ba sa rongoa ke Molimo, ruri ba ka be ba se ba nyahame.” Barab’abo rōna ba ile ba lumelloa hore ba ’ne ba lule motseng oo.
HO FETOLELLA BATHO BA SA UTLOENG LITSEBENG
United States
Ka 2006, The Good News According to Matthew e ile ea lokolloa ka Puo ea Matsoho ea Amerika e le li-DVD. Ka lekhetlo la pele, bahoeletsi ba sa utloeng litsebeng ba se ba ka khona ho bala likhaolo tse feletseng tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka puo ea bona. Moholo e mong ea sa utloeng litsebeng o ile a re, “Lena ke lengolo le monate ka ho fetisisa leo Jehova a ’ngoletseng lona.” Moholo e mong o ile a re, “Joale ke khona ho bona kamoo temana e ’ngoe le e ’ngoe e lumellanang le tse ling kateng.” Morali’abo rōna ea ipehetseng pakane ea ho bala khaolo e le ’ngoe ka letsatsi o ile a re: “Ke iphumana ke se ke siuoe ke nako kahobane ke se ke balile likhaolo tse ’nè kapa tse hlano ’me ke lebetse ho hang ka nako!”
Brazil
Mosebetsi o hōla ka tsela e hlollang tšimong ea puo ea matsoho. Hajoale ho na le liphutheho tse 232 tsa puo ea matsoho, ’me li etsa lipotoloho tse leshome le setereke se le seng. Liphuthehong tsa puo ea matsoho le tšimong ea puo ea matsoho ho na le baholo le bahlanka ba sebeletsang ba fetang 1 000 hammoho le bo-pula-maliboho ba 146 ba khethehileng, bao ba robeli ba bona ba sa utloeng litsebeng. Ba fetang 100 har’a baholo le bahlanka ba sebeletsang ba re likhatiso tse molemo tsa mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng tse ngoletsoeng ba sa utloeng litsebeng ke tsona tse ba thusitseng hore ba hōle moeeng. Tse ling tsa libuka tsena tse thusang batho ho ithuta ke Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Le Lule le Lebetse!, Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? le Molula-Qhooa. Ho tloha ka 2006, ho ile ha fetoloa lenaneo la Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo hore le lokele puo ea matsoho, ho sebelisoa lingoliloeng tse teng ka puo ena.
Tichere e ’ngoe e lilemo li 30 e re, “Kaha ke se ke tsamaile likereke tse ngata, joale kea hlokomela hore ke Lipaki Tsa Jehova feela tse khonang ho ruta batho ba sa utloeng litsebeng Bibele.” O re se rutoang kerekeng ea habo se ne se sa utloahale se bile se sa ba tsoele molemo. Le hoja metsoalle ea hae e mo nyahamisa, o ikemiselitse ho tsoela pele a e-ba teng libokeng tsa Bokreste. E se eka Jehova a ka tsoela pele a hulela ba tšepahalang joalo ho Mora oa hae!—Joh. 6:44; Tšen. 14:6.
SE ETSAHALANG LITABENG TSA MOLAO
Eritrea
Kahobane barab’abo rōna ba sa ka ba vouta likhethong, ka 1994 ofisi ea mopresidente e ile ea laela hore Lipaki Tsa Jehova li amohuoe tokelo ea ho ba baahi ba naha ena. Sena se ile sa bakela barab’abo rōna bofuma bo boholo, ’me ba makholo ba ile ba baleha ’me ba tšabela linaheng tse ling. Ba bang bona ba ile ba sala, ho kopanyelletsa le bana ba ntseng ba kena sekolo. Ha liithuti tsohle li le sehlopheng sa borobong—ebang ke banana kapa bashanyana—li ngolisetsoa ho ea koetlisetsoa bosole. Kahoo, bacha ba bangata ba entse qeto ea ho tlohela sekolo ka mor’a hore ba qete sehlopha sa borobeli.
Ho kotsi ho ea libokeng le ho kopanela mosebetsing oa boboleli; ho ’nile ha tšoaroa litho tsohle tsa phutheho! Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba sebete ba tsoela pele ho “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 5:29) Hajoale, bara le barali babo rōna ba 31 ba koaletsoe chankaneng, ho kopanyelletsa le mor’abo rōna ea lilemo li 73 eo e leng letsoalloa la Netherlands. Ba bang ba koaletsoe chankaneng ka lebaka la ho hana ho ea bosoleng. Haesale barab’abo rōna ba bararo—e leng Paulos Eyassu, Isaac Mogos le Negede Teklemariam—ba koalloa chankaneng ka 1994.
Fora
Ka la 25 February, 2005, ho ile ha kōptjoa Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) hore le mamele nyeoe e mabapi le hore Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova o lefisitsoe lekhetho ntle ho toka. Naheng ka kakaretso, batho ba fetang 874 000 ba ile ba saena lengolo la ho ipelaetsa ka ho hloka toka hona, eaba le nehoa Lekhotla. Ho sa tsotellehe sena, ka January 2006 liofisiri tsa lekhetho li ile tsa laela barab’abo rōna hore ba lefe chelete e setseng ea lekhetho.
Ka potlako Lipaki Tsa Jehova li ile tsa buisana le ECHR ho e tsebisa se etsahetseng. Hang-hang Lekhotla le ile la qala ho hlahloba kōpo eo esale pele. Ka la 4 May, 2006, Lekhotla le ile la kōpa ’muso oa Fora hore o ngole lengolo leo ho lona o tšetlehang mabaka ao o entseng sena ka ’ona. Sepheo e ne e le ho bona hore na ebe tokoloho ea bolumeli ea Lipaki Tsa Jehova e hataketsoe le hore na li khetholotsoe ka tsela leha e le efe.
Jeremane
Ka la 10 February, 2006, Lekhotla le Leholo la Tsamaiso Leipzig le ile la etsa qeto ea hore Profinse ea Berlin e lokela ho nka Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova Jeremane e le mokhatlo oa sechaba. Sena se ile sa felisa ntoa ea molao e neng e se e nkile lilemo tse 15. Joale Mokhatlo ona oa Bolumeli o se o e-na le tokelo ea hore o se ke oa lefisoa lekhetho o bile o na le litokelo tseo malumeli a mang a maholo a nang le tsona. Ka la 5 July, 2006, Profinse ea Berlin e ile ea bolela hore e amohetse mokhatlo ona ka molao, ea ba ea fa litho tse peli tsa Komiti ea Lekala lengolo le pakang seo.
Greece
Ka lilemo tse ngata re ne re lieha ho fumana mangolo a re lumellang ho haha le ho sebelisa Liholo Tsa ’Muso kapa re ne re haneloa ka ’ona kahobane molao o ne o re likōpo tse joalo li lokela ho amoheloa pele ke babishopo ba Greek Orthodox. Ka la 30 May, 2006, paramente e ile ea laela hore Lefapha la Thuto ea Sechaba le Malumeli e se e le lona feela le tla sebetsana le ho fa malumeli ao e seng a Orthodox mangolo a tumello.
Ka la 15 July, 2005, baokameli ba lebala la lipapali la sechaba le ruletsoeng la Loutraki, Korinthe, ba ile ba koenehela qeto eo ba neng ba e entse ea hore barab’abo rōna ba sebelise lebala lena la lipapali nakong ea kopano ea setereke. Baokameli ba ne ba re ha baa kholiseha hore Lipaki Tsa Jehova ke “bolumeli bo tsebahalang.” Moemeli oa ’muso ea hlahlobang litletlebo o ile a kenella, ’me ka February 2006, baokameli ba lebala lena la lipapali ba ile ba tšepisa hore ba tla boela ba hlahloba likōpo tse ncha ha e le mona ba se ba utloile hore Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli ba molao.
Nepal
Ka October 2005, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ngolisoa hore ke mokhatlo oa bolumeli. O mong oa merero e boletsoeng molao-motheong oa mokhatlo ona ke ho “ntšetsa pele thuto ea lintho tsa moea.” Ho ngolisoa hona ho tla thusa hore litaba tse molemo li boleloe naheng ena e tletseng Mahindu.
Romania
Le hoja Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ngolisoa e le bolumeli ka 1990, ha lia ka tsa kenngoa lethathamong la malumeli a molao le ntšitsoeng ke ’Muso ka 1997. Kahoo, barab’abo rōna ba ne ba sa lumelloe ho haha Liholo Tsa ’Muso, ’me ba ne ba sa fuoe tumello ea hore ba se ke ba ea sesoleng—e leng litokelo tse neng li fuoa malumeli a molao. Lekhotla le ka Holimo-limo la Romania le ile la laela ’muso hore o nke Lipaki Tsa Jehova e le bolumeli ba molao, empa ’muso o ’nile oa hana ho etsa sena ka makhetlo. Ka March 2006, ka thuso ea ECHR, ’muso o ile oa rarolla nyeoe ea oona le Lipaki Tsa Jehova ka khotso, e leng se ileng sa felisa ntoa ea molao e neng e nkile lilemo tse robong. ’Muso o ile oa lumela hore mokhatlo oa rōna o lokela ho ba le “litokelo tsohle le boikarabelo boo molao o bo behang” mahetleng a malumeli ’ohle a tsejoang.
Turkey
Ka mor’a hore lekala le kōpe hore le ngolisoe e le bolumeli, ’muso o ile oa bolela hore seo se ke ke sa etsahala le hoja molao o ne o lokisitsoe hore o lumellane le melao ea Linaha Tse Kopaneng Tsa Europe. Nyeoe ena e sa ntsane e le makhotleng a lehae, empa qetellong e ka ’na ea fetela ho ECHR.
Bothata bo bong ke bo amanang le bosole. Barab’abo rōna ba bitsetsoa bosoleng hararo kapa hane ka selemo ho fihlela ba se ba fetile lilemo tsa ho ea bosoleng. Nako le nako baa ahloloa. Ba bang ba ’nile ba lefisoa ka makhetlo a mangata, ’me ba bang ba ’nile ba koalloa chankaneng. Ka 2004, Yunus Erçep o ile a isa kōpo ea hae ECHR. Le hoja Mor’abo rōna Erçep a ile a lefisoa ka makhetlo a mangata, o ile a koalloa chankaneng ka October 2005 eaba o lokolloa ka mor’a hore a qete likhoeli tse 5 ho tse 12 tseo a neng a li ahloletsoe. Mohla a lokolloang, o ile a boela a khutlisetsoa khotla a ba a lefisoa kahobane makhetlong a fetileng a ile a hana ho ea bosoleng.
Uzbekistan
Ho na le litokomane tse bontšang hore lilemong tse ’nè tse fetileng barab’abo rōna ba ’nile ba tšoaroa, ba koalloa chankaneng, ba lefisoa kapa ba shapuoa ka makhetlo a fetang 1 100. Liketsahalo tse fetang 800 ho tsena li etsahetse nakong ea Sehopotso sa 2005 le sa 2006. Libakeng tse ngata, mapolesa a nkileng melangoana a ile a fihla a palame libese eaba a tšoara bohle ba neng ba le teng. Ba bangata ba ile ba lefisoa; ’me ba bang ba shapuoa habohloko.
Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba fane ka bopaki bo botle. Nahana ka mora le morali oabo rōna ba ileng ba qosetsoa ho ea libokeng tsa phutheho le ho bolela litaba tse molemo. Akhente ea bona e ile ea kōpa hore lingoliloeng tse ileng tsa nkuoa ka mahahapa ha ba tšoaroa li hlahlojoe ka khotla. Buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang li ile tsa balloa holimo, ’me moahloli le eena o ile a li bala. Kaha moahloli o ne a thahasella haholo-holo khaolo ea 5 bukeng ea Tsebo, eo sehlooho sa eona se reng, “Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?” o ile a laela hore buka ena e baloe le nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare.
Ha ho qotsoa Matheu 28:19, 20, moahloli o ile a re, “Kahoo lena ke lona lebaka leo le bolelang evangeli ka lona!” Ha a botsa hore na ke hobane’ng ha ’muso oa Bonazi oa Hitler o ile oa hlorisa Lipaki Tsa Jehova, o ile a fuoa lik’hasete tsena tse tharo tsa video: Purple Triangles, Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault le The Bible—Accurate History, Reliable Prophecy. Le hoja mora le morali oabo rōna ba ile ba lefisoa, ba ile ba khona ho pakela ba boholong ka lekhotleng le mapolesa ka litsela tseo ba neng ba sa nahane hore ba ka ba pakela ka tsona.—Luka 21:12, 13.
Sudan
Ho tloha ka June 2006, Lipaki Tsa Jehova li ngolisitsoe e le bolumeli liprofinseng tse robeli. Barab’abo rōna ba se ba hahile Liholo Tsa ’Muso libakeng tsena ’me ba se ba tšoere likopano tse khōlō phatlalatsa. Lingoliloeng tsa rōna li romeloa liprofinseng tsena ka bolokolohi, ’me barab’abo rōna ba na le ofisi Khartoum.
Russia
Ka la 12 April, 2006, phutheho ea bahoeletsi ba 200 Moscow e ne e tšoere Sehopotso mohahong o hiriloeng ha mapolesa a fetang 50 a se a re thoso! Hlooho ea Lefapha la Sepolesa la Lyublino e ile ea emisa seboka sena, ea bolela hore kaha Lipaki Tsa Jehova Moscow li thibetsoe, ha lia lumelloa ho bokana. Mapolesa a ile a hlahloba litokomane tsa boitsebahatso, a hapa lingoliloeng, a ba a isa barab’abo rōna ba 14 sepoleseng sa Lyublino, moo ba ileng ba tšoaroa ka lihora tse fetang tse ’nè. Ha mor’abo rōna a e-ea sepoleseng ho ea ba thusa litabeng tsa molao, o ile a tabanngoa fatše a ba a tšosoa ka hore o tla hlajoa ka thipa. O ile a bolelloa hore a se ke a ba a ipelaetsa khotla ka taba eo. Ho sa tsotellehe sena, ka la 17 April, barab’abo rōna ba bane ho bao ba 14 ba ile ba hlahlela nyeoe ea boipelaetso khahlanong le Lefapha la Sepolesa la Lyublino.
Lekhotla le ile la lula ka la 16 May Lekhotleng la Setereke la Lyublino, Moscow, ’me nyeoe ena e ne e okametsoe ke Moahloli Z. V. Zubkova. Mapolesa a neng a futuhetse barab’abo rōna a ne a le sieo—ho ne ho tlile akhente ea ’ona feela. Ha nyeoe e ntse e tsoela pele moahloli o ile a hlokomoloha lintlha tse 50 tseo liakhente tsa barab’abo rōna li ileng tsa ipelaetsa ka tsona a ba a hana likōpo tsa tsona tse ngata, a sa fane ka mabaka. Empa o ile a lumela ha akhente ea mapolesa e mo fa kopi ea qeto ea Lekhotla la Setereke la Bo-’masepala la Golovinsky e neng e thibela Lipaki Tsa Jehova Moscow a ba a lumela ha e mo bontša se boletsoeng ke setsebi sa kelello se bitsoang L. V. Kulikov, se ileng sa paka khahlanong le Lipaki Tsa Jehova nyeoeng ea pejana.
Ka la 15 June, 2006, moahloli o ile a bolela hore baqosi ba ile ba tšoaroa ka phoso, leha ho le joalo, ha aa ka a fumana mapolesa a le molato oa ho qhala Sehopotso. Hape o ile a bolela hore holo eo e hiriloeng e ne e se boemong ba hore ho tšoareloe tšebeletso ea bolumeli ho eona. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ipiletsa Lekhotleng la Motse la Moscow ka la 30 June, 2006, ’me tsa bolela liphoso tse ngata tse entsoeng ke Lekhotla la Bo-’masepala la Lyublino ha ho ne ho sebetsoa nyeoe. Sehopotso se ile sa tšoaroa ntle ho tšitiso ea letho libakeng tse 22 Moscow.
Serapeng se qalang Lintlha-khōlō tsena re ile ra bolela seo mopesaleme a neng a lakatsa ho se etsa, ha a re: “Ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.” (Pes. 146:2) Kajeno, bahlanka ba Jehova ba limilione ba fane ka bopaki bo bongata ba hore le bona ba labalabela ho etsa sena. E, hafeela tsamaiso ea hona joale ea lintho e ntse e le teng, e se eka re ke ke ra lumella marako a chankana, litaelo tsa ba boholong, kapa ho se tsebe lipuo tsa batho ba bang ho re thibela ho binela Ntate oa rōna oa leholimo lipina tsa thoriso!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
E ne e se Memo Feela
Leqetšoaneng lena le memelang batho kopanong ho ne ho boetse ho hatisitsoe setlankane seo ka sona batho ba neng ba ka kōpa thuto ea Bibele, ba kōpa buka ea Seo Bibele e se Rutang, kapa ba li kōpa ka bobeli. Litlankane tse tlatsitsoeng li ile tsa qala ho fihla ka potlako liofising tsa makala lefatšeng ka bophara. Lekala la United States le tlaleha hore le ile la amohela litlankane tse ka bang 2 000 tse kōpang buka, le tse 300 tse kōpang thuto ea Bibele. Ho hlakile hore boikitlaetso ba bara le barali babo rōna ha ba tsamaisa leqetšoana lena bo tla tsoela pele ho beha litholoana.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]
Libuka Tsa Seo Bibele e se Rutang li Batloa ka Bongata!
Bofelong ba July 2006, ho ne ho se ho hatisitsoe libuka tsa Seo Bibele e se Rutang tse fetang limilione tse 47 ka lipuo tse 155, ho sa kopanyelletsoe le likhatiso tse 10 tsa Braille. Ka khoeli e le ’ngoe feela, ka karolelano liphutheho tsa United States li ne li odara libuka tse 42 000 ka letsatsi. Karolo ea boraro ea liodara tsena e ne e le tse batloang ka potlako. Malapa a Bethele lefatšeng lohle a motlotlo ho sebetsa ka thata ho lokisetsa bara le barali babo rōna lingoliloeng tsena.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Ho Nehela Makala
Albania
Ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna ka lilemo tse 50 ho ile ha fela ka 1992. Har’a bara le barali babo rōna ba 325 ba neng ba le teng ha lekala le lecha le ka ntle ho Tiranë le neheloa, ho ne ho e-na le Lipaki tse ’nè tse seng li hōlile tse neng li sebeletsa Molimo nakong ea ha mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe. Ho ne ho boetse ho e-na le baeti ba tsoang linaheng tse 32. Ha baromuoa ba fihla naheng ena ka 1992, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang robong feela. Hona joale ho na le bahoeletsi ba 3 617. Litho tsa Sehlopha se Busang, e leng Theodore Jaracz le Gerrit Lösch ba ile ba fana ka lipuo ha lekala lena le neheloa ka la 3 June, 2006. Letsatsing le hlahlamang, ba ile ba fana ka lipuo lebaleng le sa ruleloang la lipapali ’me ho ne ho tlile batho ba 5 153, ba neng ba mametse ka hloko har’a lipula tsa litloebelele.
Croatia
Selemong se fetileng bahoeletsi ba ile ba fumana mahlohonolo a imenneng habeli: ho ile ha neheloa mehaho e atolositsoeng ea lekala le Zagreb ’me kopanong ea setereke ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e feletseng ka Secroatia. Ka Labohlano la la 11 August, batho ba 142 ba ile ba mamela puo e nehelang lekala lena e neng e fanoa ke Mor’abo rōna Jaracz. Lekala lena le ile la neheloa ka lekhetlo la pele ka 1999, lilemong tse supileng tse fetileng.
Slovenia
Ka Moqebelo oa la 12 August, Mor’abo rōna Jaracz o ile a fana ka puo e nehelang lekala le lecha le motseng oa Kamnik, o ka bang lik’hilomithara tse 20 ka leboea ho motse-moholo Ljubljana, le lik’hilomithara tse ka bang 130 ka bophirimela ho Zagreb, Croatia. Kaha pele ho mona lelapa la Bethele le ne le lula lifoleteng tse fapa-fapaneng motse-moholo, le ne le thabetse hore qetellong le se le lula hammoho! Ho ne ho tlile batho ba 144 ba tsoang linaheng tse 20.
[Litšoantšo]
Ofisi ea lekala Albania
Seboka se khethehileng seo ho sona ho bileng teng batho ba 5 153
Mehaho e atolositsoeng ea lekala Croatia
Lekala la Slovenia
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho pakela mosali ea sa utloeng litsebeng, Brazil
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Sehlopha sa pele sa Sehindi, Jeremane
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Linda le Paul
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Carma o paka ka Seblackfoot
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Sehlopha se ithutang Sepanishe, Roma, Italy
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Samson o bolelloa litaba tse molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Hamilton le Abner ba ruta batho Bibele ka Semayangna
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Holo ea ’Muso e karolong e ka boroa ea Sudan