Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb06 maq. 6-30
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letšolo la ho Tsamaisa Bukana ea Le Lule le Lebetse!
  • Phetolelo ea Bibele
  • Tse Etsahalang Litabeng Tsa Molao
  • Selemo sa Likoluoa Tsa Tlhaho
  • Tsunami e Kotsi ka ho Fetisisa ho Tse Kileng Tsa Tlalehoa
  • Ho Neheloa ha Makala
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002
  • Lintlha Tsa Sehlooho tsa selemo se fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006
yb06 maq. 6-30

Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

LILEMONG tsa morao tjena ho bile le likoluoa tse eketsehileng tsa tlhaho le hona linaheng tse ngata, ’me le selemong sa tšebeletso sa 2005 li bile teng. Ho hlakile hore barab’abo rōna le bona ba angoa ke likoluoa tseo. Empa joalokaha re tla bona, liteko li bonahatsa lerato la Bokreste, e leng se tiisang tlamahano ea bara ba motho le se hulelang ba lipelo li tšepahalang ’neteng.—Mal. 3:18; Joh. 13:35.

Ho eketseha ha likoluoa ho boetse ho entse hore batho ba bangata ba nahane ka ho teba ka bokamoso le ka seo e hlileng e leng sa bohlokoa bophelong. Ka hona, e bile tlotla e kaakang ho rōna hore re thuse batho bao ho utloisisa se boleloang ke mehla eo re phelang ho eona ka hore re tsoe letšolo le khethehileng re tsamaise bukana ea Le Lule le Lebetse! Linaheng tse ngata, letšolo leo le ile la qala ka la 18 October, 2004, ’me la hlahisa liphello tse ntle.

Letšolo la ho Tsamaisa Bukana ea Le Lule le Lebetse!

Argentina: “Ha ho ka hlaha koluoa, ke mang ea tla pholoha—na ke motho e mobe, motho ea lokileng, kapa ke motho ea elang temoso hloko?” Ao ke mantsoe ao morali’abo rōna e mong a neng a a sebelisa ka katleho ha a kenyelletsa bukana ea Le Lule le Lebetse! tšimong eo ho eona batho ba bangata ba sa thahaselleng.

Mor’abo rōna e mong ea bitsoang Juan o ile a fa mocha e mong ea lilemo li 16 bukana eo, ’me mocha eo a thabela ho e bala a ba a bolella ntate oa hae seo a ithutileng sona. Ntate oa hae le eena o ile a rata ho tseba ho eketsehileng, kahoo a e bala a ba a phetla mangolo a bontšitsoeng. E ile ea mo khahla hoo a ileng a qala ho ithuta bukana eo le lelapa la hae. Ha Juan a khutla, o ile a ithaopela ho khannela monna eo thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Monna eo a re: “Sena ke sona seo re hlileng re se hlokang—thuto ea lelapa ea Bibele.” Kahoo, ho ile ha qalisoa thuto.

Fora: Jocelyne o ile a fa mosetsana e mong ea neng a kile a ithuta ea bitsoang Alicia bukana ea Le Lule le Lebetse! O ile a amohela bukana eo ka thabo a ba a lumela ho ithuta eona le Jocelyne. Alicia o ne a bile a ikemiselitse ho bala Bibele kamehla. Jocelyne o re: “Ka mor’a libeke tse peli feela, o ile a re litlaleho tsa bophelo ba Jesu tse hlahang ka Bibeleng li ile tsa etsa hore a seke meokho.”

Alicia o ile a bolella mohlankana oa hae hore o batla hore ba tiise lenyalo e le hore ba khahlise Molimo le hore o batla ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O ile a makala ha mohlankana eo a re: “Ho lokile. Ha ke batle ho u sitisa ho etsa seo Molimo a se hlokang.” Alicia o se a tsoa kopanong ea potoloho eo e neng e le lekhetlo la pele a e-ba teng ho eona.

Madagascar: Nana ke ’mè ea nang le bananyana ba babeli. Ha a sa le mocha, o ne a ea libokeng tsa Bokreste le batsoali ba hae empa o ile a khaotsa ho ea ha batsoali ba hae ba khaotsa ho sebeletsa Jehova. Nakong ea letšolo le khethehileng, Nana o ile a amohela bukana eo a ileng a e fuoa ke morali’abo rōna oa moromuoa a ba a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Hona joale o tla libokeng tsohle le baralinyana ba hae ba babeli ’me o lokisetsa ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ho feta moo, batsoali ba hae le bona ba ile ba lumela ho ithuta bukana eo. Ebile mora oa bona ea lilemo li 14 ea bitsoang Josia o ithuta le motsoalle e mong oa hae ea ntseng a batla a lekana le eena, eo le eena a kopanelang kamehla libokeng tsa Bokreste.

Nigeria: Mor’abo rōna e mong oa pula-maliboho o re: “Lefu la ’Mè, ea hlokahetseng nakong ea letšolo leo, le ile la mpha monyetla oa ho paka motseng oa heso. Pele ho lepato, beng ka ’na ba ne ba lla ba bile ba itahlela fatše. Ke ile ka ba botsa ka re, ‘Ke hobane’ng ha le etsa tjee? Lefu la ’Mè le re utloisitse bohloko kaofela ha rōna, empa o robetse. O tla tsoha tsohong ea bafu.’ Le hoja ke ne ke lla, ke ile ka phetla bukana ea Le Lule le Lebetse! leqepheng la 8 eaba ke ba hlalosetsa setšoantšo se bontšitsoeng moo sa motho ea tsosoang bafung. Ka lebaka leo, ke ile ka tsamaisa libukana tse 195, ho akarelletsa libukana tse 45 tsa Le Lule le Lebetse! Lepatong, ’na hammoho le bara ba bang babo rōna re ile ra tsamaisa limakasine tse 100 tsa Molula-Qhooa oa May 1, 2005, o nang le sehlooho se reng ‘Na Bafu ba Tla Phela Hape?’”

Russia: Pula-maliboho e mong ea khethehileng ea bitsoang Irina, ea lulang sebakeng se bitsoang Zelenogradsk, o re: “’Na le morali’abo rōna e mong re ile ra fa mosali e mong ea bitsoang Alla bukana ea Le Lule le Lebetse!, ’me o ile a re re kene ka tlung. Alla o ne a se a sa bone morero oa bophelo kaha batho ba thatafetse lipelo. Re ile ra lokisetsa ho khutlela ho eena. Matsatsi a seng makae hamorao, ke ne ke ntse ke tsamaea le eena morali’abo rōna eo ke neng ke e-na le eena ha re utloa mosali e mong a re hoeletsa. E ne e le Alla. O ile a re leboha ka bukana eo re mo fileng eona, a e ntša ka mokotleng oa hae, a re bontša lintlha tseo a li tšoaileng. Hona joale o khanneloa thuto kamehla ka bukana ea Seo a se Hlokang.”

Sebakeng se seng hona moo Russia, Vera le monna oa hae, Vitaliy, ba ile ba emisa ka thōko ho tsela lephepheng leo Lyuda, ea tloaelaneng le Vera, a sebeletsang ho lona. Lyuda o ne a itse ha a batle ho buisana le Lipaki ka Bibele, kahoo Vera o ne a le leqe ho mo fa bukana. Empa o ile a mo bontša eona ka mor’a hore Vitaliy a mo khothalletse ho etsa joalo, ’me a makala ha a amohela bukana eo. Ka mor’a matsatsi a mabeli, Lyuda o ile a founa. A re: “Ka mokhoa oo ke ithutileng lintho tse ngata kateng bukaneng ena, e tlameha ebe nka ithuta ho eketsehileng le ho feta thutong ea kamehla ea Bibele!” Le hoja Lyuda a ne a hanyetsoa ke beng ka eena, o ile a qala ho ithuta le ho ba teng libokeng hona hoo. Mora le morali oa hae le bona baa ithuta. Vera o re: “Ho thahasellisang ke hore lilemong tse seng kae tse fetileng, Lyuda o ile a fuoa buka ea Tsebo empa a se ke a e thahasella ho hang. Empa bukana ea Le Lule le Lebetse! eona e mo amme maikutlo.”

Venezuela: Mohats’a molebeli e mong oa potoloho o ile a buisana le monna e mong le mosali oa hae le bana ba bona ba bane a eme monyako. Morali’abo rōna o ile a ba bontša setšoantšo sa Paradeise se leqepheng la 16 le la 17 bukaneng ea Le Lule le Lebetse!, ’me a hatella taba ea hore lelapa lohle le lokela ho ithuta ka Molimo. Ka mor’a moo a memela lelapa lohle la litho tse tšeletseng hore le be teng sebokeng ka Labone mantsiboea, a ba a lokisetsa ho kopana le bona setopong se haufi sa libese. Morali’abo rōna o ile a fihla setopong sa libese le monna oa hae ka nako eo ba e behelaneng, empa a fumana ho se motho. Ba ne ba sa tsebe hore ba lelapa leo ba palame bese e tsamaileng pele le hore ba se ba le Holong ea ’Muso! Hona joale litho tse hlano tsa lelapa leo li ithuta Bibele kamehla ebile li ba teng libokeng le hoja li tlameha ho tsamaea sebaka se selelele ka bese ebile li lefa tefo e holimo.

Morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho o ile a kokota ntlong e ’ngoe, empa ha se ke ha e-ba le motho ea arabang. O ile a khutla hamorao ’me a fumana monna-moholo e mong a qeta ho tsoela ka ntle. Monna-moholo eo o ile a mo hlalosetsa hore o utloa ka thata litsebeng, kahoo ka linako tse ling ha a utloe ha batho ba kokota kapa o lieha ho ea fihla monyako hoo a fumanang ba se ba ile. Morali’abo rōna o ile a mo fa bukana ea Le Lule le Lebetse! a ba a mo memela ho tla sebokeng sa phutheho.

Ha morali’abo rōna a le sebokeng, o ile a pheta phihlelo eo a sa tsebe hore monna-moholo eo o teng sebokeng moo! Hona joale monna-moholo eo o khanneloa thuto ea Bibele kamehla ke mor’abo rōna e mong, ’me o ba teng libokeng tsohle, ebile o re o lakatsa ho bolela litaba tse molemo. Ha a botsoa hore na ke’ng se entseng hore a ee sebokeng moo ka lekhetlo la pele, o ile a nka bukana ea hae ea Le Lule le Lebetse! ’me a re, “Ke bukana ena!”

Phetolelo ea Bibele

Ho elella lilemong tsa bo-1900, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa qala ho reka Libibele ka bongata le ho li abela batho ba thabelang, ka linako tse ling o theola karolo ea 65 lekholong ea chelete eo li rekisoang ka eona. Ho qala ka 1926, barab’abo rōna ba ile ba qala ho hatisa Libibele tse itseng le ho li kopanya sebakeng sa bona sa khatiso, ho akarelletsa liphetolelo tsa The Emphatic Diaglott le King James le American Standard. Ka 1961 ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Senyesemane e le volume e le ’ngoe.

Ho thoe’ng ka lipuo tse ling? Lilemong tse qalang tsa bo-1900, makala a ile a qala ho reka Libibele mekhatlong e sa tšoaneng ea khatiso le ho li aba ka chelete eo a li rekileng ka eona. Tse ling tsa Libibele tsena li ne li hlahisitsoe ke bafetoleli ba tšepahalang ba neng ba bile ba sebelisitse lebitso la Molimo—e leng Jehova—ka puo e buuoang sebakeng seo. Empa ha nako e ntse e ea, bafetoleli ba bangata ba ile ba tlosa lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona. Ba bang ba bile ba fetetse pele ka hore ba sebelise lebitso la molingoana oa sebakeng sa habo bona bakeng sa lebitso la Molimo! Ka mohlala, Bibele ea Sechichewa e bitsoang Buku Loyera, e sebelisoang Malawi, Mozambique le Zambia, e fetolela litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo e le “Chauta,” e leng lebitso la molingoana oa morabe o itseng le bolelang “Raseqha e Moholo.”

Ho ne ho boetse ho e-na le mantsoe a mang a mangata ao ho sothiloeng moelelo oa ’ona. Ka mohlala, phetolelo e ’ngoe ea Bibele ea Seafrika e re Luka e ne e le ngakana-ntšonyana. Bibele ea Setuvalu e ikenyelitse mantsoe a mang ho Juda 23, e re: “Le rate basodoma ka lerato le matla; empa le hlokomele hore le se ke la angoa ke bosodoma ba bona.” Empa ha ho moo taba e ngotsoeng qalong e buang ka basodoma kapa bosodoma teng!

Nakong e fetileng, mekhatlo ea Libibele ke eona e neng e li hula pele mosebetsing oa ho hlahisa Libibele le ho li aba. Empa morao tjena, mekhatlo e meng ea Libibele e file likereke tsa Bokreste-’mōtoana litokelo tsa hore li hatise Libibele le ho li aba. Ntle le hore likereke li rekisa Libibele ka tefiso e holimo, libakeng tse ling ha li batle ha Lipaki Tsa Jehova li reka Libibele tsa tsona. Ka mohlala, Kyrgyzstan, kereke ea Prostanta e na le litokelo phetolelong ea kajeno ea Mangolo a Segerike a Bakreste ea Sekirghize. Ha barab’abo rōna ba leka ho reka phetolelo eo, ba atisa ho botsoa, “Na u e mong oa Lipaki Tsa Jehova?” kapa “Na u tseba lebitso la Molimo?” Haeba ba re e, ha ba e fuoe.

Ka lebaka la mathata ana le a mang, Sehlopha se Busang se laetse hore taba ea ho fetoleloa ha Bibele e be oona mosebetsi o ka sehloohong. Hona joale, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fumaneha e feletse ka lipuo tse 35, ’me Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e fumaneha ka lipuo tse ling tse 20. Hona joale ho na le lithimi tse 33 tse fetolelang Bibele lefatšeng ho pota, tse 19 li fetolela Mangolo a Seheberu, tse 11 li fetolela Mangolo a Segerike a Bakreste, ’me tse tharo li fetolela Bibele e nang le litšupiso. Thimi ea bafetoleli ba Bibele e atisa ho etsoa ka batho ba bararo ho isa ho ba tšeletseng. Lithimi tse ling li khonne ho qeta Mangolo a Segerike a Bakreste ka nako e ka tlaase ho lilemo tse peli, li thusoa ke mananeo a k’homphieutha a sebelisoang mosebetsing oa phetolelo le litsela tse ling tse ntlafalitsoeng.

Barab’abo rōna ba ikutloa joang ha ba fumana Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka puo ea bona? Pula-maliboho e mong oa Albania o ile a akaretsa tsela eo ba bangata ba ikutloang ka eona. O ile a re: “Ke ile ka lla. Ha ho mohla nkileng ka ikutloa tjena ha ke bala Lentsoe la Molimo. Ke batla hore temana e ’ngoe le e ’ngoe e thopothele!”

Tse Etsahalang Litabeng Tsa Molao

Armenia: Ka mor’a hore li etse kōpo ka makhetlo a 15, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qetella li ngolisitsoe ka molao ka la 8 October, 2004. Empa barab’abo rōna ba bacha lilemong ba ntse ba tšoaroa ha ba hana ho ea bosoleng ka lebaka la matsoalo a bona. (Esa. 2:4) Re tšepa hore ho ngolisoa hona ha molao ho tla lumella barab’abo rōna hore ba be le bolokolohi ba bolumeli, e le hore ba ka khona ho kenya lingoliloeng naheng eo le ho tšoara likopano. Ha e le hantle, ka June 2005 ho ile ha fihla lingoliloeng tsa pele tse keneng ka molao naheng ea Armenia ’me ba lefapha la lekhetho la thepa e kenang le e tsoang ba li fetisa ba ba ba li fa barab’abo rōna.

Austria: Lipaki Tsa Jehova li qetile lilemo tse fetang 30 li loana ka makhotleng li loanela hore li amoheloe ka botlalo ka molao e le bolumeli. Ka lebaka la bothata bona, ho kentsoe likōpo tse hlano Lekhotleng la Europe la Litokelo tsa Botho tse kōpang hore le thuse ntlheng ena. Ka la 1 February, 2005, Lekhotla leo le ile la etsa qeto ea ho mamela linyeoe tse peli tsa barab’abo rōna ba ileng ba haneloa ho ikhethela ho se ee bosoleng hobane e le basebeletsi ka lebaka la hore Lipaki Tsa Jehova li ne li sa nkoe e le bolumeli. Ka la 5 July, Lekhotla le ile la lumela ho mamela nyeoe, le hoja le sa bolela hore na qeto e tla ba efe.

Eritrea: Ka la 24 January, 2004, ba boholong ba ile ba tšoara banna, basali le bana ba 38 ba Phutheho ea Saba e Asmara. Ba ne ba le pakeng tsa lilemo tse 6 le tse 94. Ba bang ba bona ba ne ba sa kolobetsoa. Ka mor’a hore ba qete matsatsi a mararo ba le litlamong, bana ba ile ba lokolloa. Ba 28 ba setseng ba ile ba isoa teronkong e ka thōko ho Asmara moo ba ileng ba koalloa ka lik’hontheinareng tsa tšepe tse etselitsoeng ho tsamaisa thepa, moo ba neng ba qetoa ke mocheso motšehare athe bosiu teng ba qetoa ke serame. Ka la 2 September, 2004—ka mor’a likhoeli tse supileng—barab’abo rōna ba babeli ba seng ba hōlile haholo sehlopheng seo, e mong a le lilemo li 94 ha e mong a ne a le lilemo li 87, ba ile ba lokolloa. Ba bang le bona ba ile ba lokolloa hamorao. Empa ba bang ba tšeletseng bona ba ntse ba le litlamong hammoho le barab’abo rōna ba bang ba 16, bao ba bararo ba bona ba seng ba qetile lilemo tse 11 ba le litlamong. Re kōpa hore le hopole bara bana babo rōna lithapelong tsa lōna.—Lik. 12:5.

Fora: Joalokaha Buka ea Selemo ea 2001 e ile ea tlaleha, ba boholong moo ba ile ba sebelisa molao o mocha oa lekhetho ho khafisa menehelo ea barab’abo rōna, haesita le ho khafisa menehelo e fanoeng lilemong tse ’nè pele ho moo (1993-96)—ba khafisa lekhetho le phahameng la karolo ea 60 lekholong, ba bile ba kenyelletsa tefiso ea kotlo! Barab’abo rōna ba ile ba etsa boipiletso empa ba qhaloa ke lekhotla le ka tlaase le lekhotla la boipiletso le lekhotla le ka holimo-limo. Ka la 25 February, 2005, ba ile ba etsa kōpo Lekhotleng la Europe la Litokelo tsa Botho, ba tletleba ka khethollo ea bolumeli e pepenene.

Rephabliki ea Georgia: Mahloriso a mabifi a batla a ile ka thekō. Hona joale lingoliloeng tsa rōna li se li ka kena naheng eo le liboka tsa Bokreste li se li tšoaroa ka bolokolohi. Leha ho le joalo, makhotla a ntse a e-s’o rarolle linyeoe tse ngata tsa liketso tsa tlhekefetso tsa nakong e fetileng. Barab’abo rōna ba ntse ba emetse karabo ea Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho liqosong tse ’nè tseo ba li hlahletseng khahlanong le Georgia. Tsona ke tse mabapi le tsela e mabifi eo barab’abo rōna ba ileng ba hlorisoa ka eona, ho qhaloa ha mekhatlo ea rōna e ngolisitsoeng ka molao le ho hlōleha ha makhotla a molao ho rarolla mathata ao. Ka la 6 July, 2004, Lekhotla le ile la lumela ho mamela nyeoe ea Gldani Congregation of Jehovah’s Witnesses v. Georgia.

Jeremane: Ha likarolo tse peli tsa naha eo li boetse li kopanngoa, barab’abo rōna ba ile ba ea netefatsa hore Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova o ntse o ngolisitsoe ka molao. Kahoo ha qaleha ntoa ka makhotleng e ileng ea nka lilemo tse 12. Qeto e re emelang eo Lekhotla le Leholo la Molao oa Motheo le e entseng ka 2000 e ile ea qhelela ka thōko taba ea hore ’Muso o batle hore Lipaki Tsa Jehova li bontše botšepehi ka tsela e khahlanong le matsoalo a tsona a Bokreste. Mehato e meng ea molao e ileng ea nkoa ka mor’a moo e ile ea rarolla taba. Ka la 24 March, 2005, Lekhotla le Phahameng la Tsamaiso la Berlin le ile la laela ’Muso oa Berlin hore o fe Lipaki Tsa Jehova litokelo tsa ho ba mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao. ’Muso o leka ho ipiletsa khahlanong le qeto eo.

Russia: Joalokaha Buka ea Selemo ea 2005 e tlalehile, ka la 26 March, 2004, Lekhotla la Bo-’masepala la Setereke sa Golovinsky le ile la etsa qeto ea ho thibela mosebetsi oa rōna ka ho feletseng Moscow. Ho tloha nakong eo, ho ’nile ha e-ba thata ho hira libaka tseo ho tsona ho tšoareloang liboka tsa phutheho le likopano tse khōlō. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba na le mohaho o le mong o moholo oa Holo ea ’Muso o nang le liholo tse ling tse hlano, tse sebelisoang ke liphutheho tse 44 le lihlopha tse peli. Liphutheho tse 17 tsa Moscow li kopanela ka ntle ho motse, e leng boemo bo li bakelang litšenyehelo tse khōlō le bo sa thabiseng, ha liphutheho tse ling tse 31 li tšoarela liboka malapeng e le lihlopha tsa batho ba seng bakae. Mapolesa a ’nile a hobosa batho ba itseng, empa ha ho motho ea tšoeroeng. Ho entsoe boipiletso khahlanong le qeto e entsoeng ka la 26 March.

Ka la 9 September, 2004, ho ile ha tekoa nyeoe ea Kuznetsov and Others v. Russian Federation ka pel’a Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho. Ka la 4 October, Lekhotla le ile la lumela ka ntsoe-leng ho mamela nyeoe eo. Nyeoeng eo ho qosoa ofisiri e ’ngoe e ileng ea laela mapolesa hore a qhale seboka sa phutheho ea puo ea matsoho Chelyabinsk ka April 2000. Nyeoe eo e thatafatsoa ke hore ho bile le liphoso tse totobetseng tse etsahetseng pejana ka khotla. Re ntse re emetse qeto.

Turkmenistan: Barab’abo rōna ba bararo—e leng Mansur Masharipov, Atamurat Suvkhanov le Vepa Tuvakov—ba ile ba ahloleloa ho hoehla likhoeli tse 18 teronkong motho ka mong hobane ba hanne ho ea bosoleng ka lebaka la matsoalo a bona. Oa bone—e leng Begench Shakhmuradov—o ile a ahloleloa selemo teronkong. Ka la 16 February, 2005, liofisi tsa molao tsa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ngolla boemeli ba Turkmenistan bo Washington, D.C., li kōpa hore bara bao babo rōna ba bane ba lokolloe ho se na lithibelo tseo ba li behetsoeng. Kaofela ba ile ba lokolloa ka la 16 April ha mopresidente oa Turkmenistan a ba fa tšoarelo e khethehileng. Selemong sona seo, mapolesa a ile a tšoara bara le barali babo rōna ba bangata le ho ba hloma lipotso e le ha a leka ho ba qobella hore ba latole tumelo ea bona, empa ha aa ka a atleha.

Selemo sa Likoluoa Tsa Tlhaho

Linaheng tse ling, selemo sa 2004 e bile sa likoluoa tsa tlhaho tseo ho seng tse kileng tsa tšoana le tsona. Likoluoa tsee li ile tsa ama barab’abo rōna joang?

Carriacou, Grenada le Petite Martinique: Ka la 7 September, 2004, lihlekehleke tsena li ile tsa hlaseloa ke Leholiotsoana la Ivan, le ileng la senya la ba la heletsa matlo a fetang 90 ho a mang le a mang a lekholo. Ho nyarosang ke hore e ka ’na eaba ho ata ha bosholu ho ile ha baka tšenyo e lekanang le e bakiloeng ke leholiotsoana ka bolona! Barab’abo rōna ba ile ba lahleheloa ke thepa e ngata koluoeng eo, ’me Liholo tse peli Tsa ’Muso ho tse tšeletseng tse Grenada li ile tsa senyeha hampe. Ha ho barab’abo rōna ba ileng ba tsoa likotsi tse mpe haholo.

Lekala la Barbados le hlokomelang lihlekehleke tseo le ne le ile la eletsa liphutheho hore Sebokeng sa Tšebeletso li buisane ka tsela eo li ka itokisetsang ho phonyoha ka eona ha leholiotsoana le ka ba teng, le hoja leholiotsoana le ne le qetetse ho hlasela sebaka seo ka 1955. Morali’abo rōna e mong oa Grenada o ile a botsa, a re: “Ke hobane’ng ha re lokela ho senya nako re ntse re bua ka maholiotsoana empa ho e-na le lintho tse ling tsa bohlokoa le ho feta tseo re ka buang ka tsona?” Empa ka mor’a hore Ivan e hlasele, o ile a ipolella hore a ke ke a hlola a belaella liqeto tseo mokhatlo o hlophisitsoeng o li etsang! Kapele-pele lekala le ile la theha komiti ea liphallelo, ’me lekala la Guyana le la Trinidad le ’ona a ile a thusa. Barab’abo rōna ba makholo ba tsoang libakeng tsa Caribbean le United States ba ile ba thusa ka mosebetsi oa tsosoloso.

Sehlekehleke sa Jamaica le sa Cayman: Ha ho barab’abo rōna ba ileng ba bolaoa ke Leholiotsoana la Ivan, empa ba bangata ba ile ba senyeheloa ke thepa. Hang ha leholimo le hlaka, baholo ba liphutheho tse 199 tse lihlekehlekeng tseo ba ile ba ikopanya le bahoeletsi. Bashebelli ba ile ba re: “Ruri lea tsotellana.”

Haiti: Mahareng a September, Leholiotsoana la Jeanne le ile la hlasela karolo e ka leboea ea Haiti, la baka moroallo o moholo o ileng oa koahela motse oa Gonaïves o lebōpong la leoatle le libaka tse ling tse haufi le lona. Esita le batho ba neng ba balehile metsi ka hore ba hloelle ka holim’a matlo ba ile ba qetella ba kene ka metsing a ba khutlang mangoleng! Mor’abo rōna e mong o re: “Re qetile bosiu bohle re utloa matlo a helehang le batho ba bokollang.” Sekhohola seo se ile sa bolaea batho ba ka bang 2 900, ba akarelletsang morali’abo rōna e mong ea lilemo li 83.

Mor’abo rōna e mong o re, “Ke leboha Jehova hore ebe lelapa la rōna le ile la siea thepa morao le hore le pholohile.” Ka mor’a matsatsi a seng makae, Lipaki tse tsoang metseng e meng e haufi li ile tsa tlisa lijo le metsi a nooang, ’me lekala la aba liphallelo tse rometsoeng ka teraka. Le hoja ho ne ho e-na le mosebetsi oa ho hloekisa, ha beke e fela bohle ba ne ba boetse ba ea libokeng tsa Bokreste ba bile ba paka. Morali’abo rōna e mong o re: “Baithaopi ba 40 ba ile ba qeta matsatsi a mane ba sebetsa ha ka. Ba ile ba ba ba penta ntlo ea ka! Sena sohle se ile sa khahla litho tse ling tsa lelapa tseo e seng Lipaki. Setho se seng se se se qalile ho ithuta.”

United States: Ka August le September 2004, profinse ea Florida e ile ea hlaseloa ke maholiotsoana a mane: Charley, Frances, Ivan le Jeanne.a Ho ile ha senyeha matlo a barab’abo rōna a fetang 4 300, bonyane le Liholo Tsa ’Muso tse leshome. Ka mor’a tlokotsi eo, molula-setulo oa Komiti ea Litšebeletso Maemong a Tšohanyetso (Emergency Operations Committee [EOC]) profinseng ea Florida o ile a lekola boemo ho tiisa hore liphallelo tsa EOC li sebelisitsoe hantle. O ile a re ha ho sehlopha se seng se hlophisitsoeng hantle joaloka sa Lipaki Tsa Jehova. O ile a bolella komiti ea liphallelo hore e ka fumana lintho leha e le life tseo e li hlokang.

Phutheho e ’ngoe e ’nile ea sebelisa mohaho oo e neng e o hira ka liranta tse 340 nako le nako ha e tšoara seboka. Empa mohaho ona le oona o ile oa senyeha ha leholiotsoana la pele le hlasela. Ho ile ha hiroa batho ba tl’o o lokisa, empa ba sitoa ho qeta mosebetsi. Barab’abo rōna ba ile ba botsa beng ba oona hore na ba ka ba thusa, ’me ntle le tšenyo ea nako ba ba lumella, eaba mosebetsi oa phethoa. E le ho ba leboha, beng ba mohaho ba ile ba re ba se ke ba lefa rente ea likhoeli tse tharo.

Japane: Tlaleho e ’ngoe ea litaba e ile ea re: “Lenane la maholiotsoana a hlasetseng Japane [ka 2004] ke le holimo ka ho fetisisa esale ho tloha ha Japane e qala ho boloka tlaleho ea ’ona ka 1551.” Seterekeng sa Niigata le sa Fukui, maemo a mabe a leholimo a bileng teng ka July a ile a senya matlo le mehaho e meng e fetang 34- 000, ho akarelletsa Holo ea ’Muso le matlo a 60 a barab’abo rōna. Lipaki tse makholo tse tsoang liphuthehong tse haufi li ile tsa phallela ho ea thusa. Ho ile ha nka libeke tse peli feela hore Holo ea ’Muso e be e lokisitsoe ka ho feletseng.

Barab’abo rōna ba ile ba boela ba thusa ho hloekisa matlo a batho bao e seng Lipaki ba lulang haufi le holo le ho bolaea likokoana-hloko matlong ao. Monna e mong ea neng a hanyetsa molaetsa oa ’Muso o ile a ananela seo hoo a ileng a ba a ntša likhapha. Ba boholong pusong ea sebaka seo ba ile ba ba ba romella komiti ea liphallelo lengolo la teboho ka lebaka la boiteko boo barab’abo rōna ba bo entseng.

Ha Japane e hlaseloa ke maholiotsoana habeli ka September le ka October, mora e mong oabo rōna le morali e mong oabo rōna ba ile ba bolaoa ke moroallo le seretse se ileng sa hoholeha ’me Lipaki tse ling tse 100 li ile tsa hula ka thata. Motse oa Toyooka o Seterekeng sa Hyogo o ile oa koaheloa ke metsi a bakiloeng ke sekhohola. Le hoja ntlo eo molebeli e mong oa potoloho a neng a lula ho eona e ne e tletse metsi, o ile a thusa ho hlophisa mosebetsi oa liphallelo.

Ha metsi a seretse a bophahamo ba mithara a neng a kene ka foleteng ea morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho a kokobela, bahoeletsi ba moo ba ile ba mo hloekisetsa eona. Le hoja mong’a ntlo eo e se Paki, o ile a angoa ke seo haholo. Morali’abo rōna o ile a re: “Ke ne ke ntse ke utloela ka mosebetsi oa liphallelo o etsoang ke mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng, empa lekhetlong lena ke iponetse ka mahlo. Ke motlotlo haholo ka Jehova Molimo oa rōna le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.”

Ka October, ho ile ha boela ha e-ba le tšisinyeho e khōlō ea lefatše ka leboea ho Japane, e ileng ea bolaea batho ba 40 ’me ea qobella ba fetang 100 000 hore ba tlohe malapeng a bona. Ha ho barab’abo rōna ba ileng ba lemala kapa ba shoa ketsahalong eo, le hoja malapa a fetang 200 a ile a ameha ’me Holo e ’ngoe ea ’Muso ea senyeha hoo e neng e ke ke ea sebelisoa. Lefatše le ile la qala ho reketla nakong eo ka eona baholo ba potolohong eo ba neng ba le sebokeng ba lokisetsa kopano ea potoloho. Ba ile ba etsa’ng? Ba ile ba latela tataiso e neng e fanoe ke ofisi ea lekala le Komiti ea moo ea Kaho ea Libaka, ’me ba qala ho hlophisa liphallelo hang-hang. Moholo e mong o re: “Re ile ra hopotsoa hore re talime liketsahalo tsena ka tsela e bontšang hore re batho ba moea.” Ho ile ha tšoaroa kopano ea potoloho, ’me ho ne ho tlile le ba neng ba anngoe ke tšisinyeho eo ea lefatše.

Morali’abo rōna e mong eo monna oa hae e seng Paki, eo ntlo ea hae e neng e senyehile, o re: “Tšisinyeho eo ea lefatše e ile ea sisinya pelo ea monna oa ka.” Ka mor’a hore monna oa hae a bone lerato la Bokreste le bonahatsoa ka liketso nakong ea mosebetsi oa liphallelo, o ile a ea sebokeng sa phutheho ka lekhetlo la pele bophelong ba hae. O ile a re: “Nka tšepa mokhatlo oa lōna o hlophisitsoeng ka botlalo. Le ka mohla o ke ke oa re soetsa.”

Philippines: Ha maholiotsoana a hlasela profinse ea Quezon le ea Aurora ho elella qetellong ea 2004, lelapa le leng la Lipaki le nang le bana ba bane le ile la shoa ha ntlo ea lona e hoholoa ke moroallo le seretse. Molebeli e mong oa potoloho ea bitsoang Felimon Maristela o ne a le Quezon ha moroallo o bakiloeng ke sekhohola o fihla. Ha a ngola o re: “Ka mor’a metsotsoana feela Holo ea ’Muso e ile ea tlala metsi, a ileng a hohola koloi ea ka ea jipi. ’Na le mohats’a ka le bara ba bang babo rōna ba babeli re ile ra qeta bosiu re le ka holim’a marulelo a holo, metsi a khutla tlas’a marulelo. Ka le hlahlamang ka hora ea boraro thapama, ke ile ka theoha marulelong. Metsi a ne a fihla sefubeng.”

Le hoja ho ne ho ntse ho le kotsi, Mor’abo rōna Maristela o ile a ea batla bahoeletsi ba bang ho bona hore na ba ntse ba ea joang. Motseng oa Dingalan, Aurora, moholo e mong o ne a e-na le monyetla oa ho pholosoa ka helikopthara, empa a khetha ho sala e le hore a thuse bara le barali babo rōna ba Bakreste.

Tsunami e Kotsi ka ho Fetisisa ho Tse Kileng Tsa Tlalehoa

Ka la 26 December, 2004, ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše e boholo ba 9,0 ka thōkonyana ho lebōpo le ka bophirimela la leoatle karolong e ka leboea ea Sumatra, Indonesia, e ileng ea khoephetsa tsunami eo ho e-s’o ka ho e-ba le e tšoanang le eona. Ho hakanngoa hore batho ba shoeleng le ba nyametseng ketsahalong eo ke ba fetang 280 000! Esita le Somalia, Afrika, e ka bophirimela ho leoatle la Indian, maqhubu a ile a bolaea batho ba ka bang 290.

Indonesia: Le hoja naheng ena ho shoele batho ba bangata ka ho fetisisa, ha ho barab’abo rōna kapa batho ba thabelang ba shoeleng moo. Ka lebaka la liketso tse mabifi tse neng li etsahetse moo pejana, Lipaki tse ngata li ile tsa baleha sebakeng sa Aceh—e leng sona se neng se amehile ka ho fetisisa—tsa ea hōle le lebōpo. Sehlekehleke sa Nias le sona se ile sa ameha habohloko, empa barab’abo rōna ba ile ba khona ho balehela sebakeng se sireletsehileng.

India: Ha ho barab’abo rōna ba shoeleng, le hoja ba bangata ba lahlehetsoe ke matlo le thepa. Motseng oa Pondicherry, Lakshmi o ne a le tšebeletsong ea tšimo ha a utloa ka tsunami. O ile a ea ntlong ea hae ea makote e lik’hilomithara tse tharo ho tloha lebōpong la leoatle, ’me a fumana e senyehile hampe. Barab’abo rōna ba ile ba mo thusa ho e hloekisa le ho e lokisa.

Sebakeng sa Madras, Naveen ea lilemo li 13 o ne a ntse a bapala krikete ha a bona maqhubu a maholo. O ile a bolella ’mè oa hae le ausi oa hae, ba ntan’o balehela sebakeng se sireletsehileng. Empa ba ile ba tlameha ho tsamaea ka har’a metsi a neng a tla a hohotse lisebelisoa tsa mefuta eohle tsa ka tlung le litopo tse ngata.

Lini ea lilemo li supileng o ne a e-na le rangoan’ae le ngoana oa rangoan’ae lebōpong le haufi le Kanniyākumāri ha maqhubu a mo hohola ho fihlela a thijoa ke lekhoakhoa. Metsi a ile a ’na a khahlellana holim’a hae. Rangoan’ae le ngoana oa hae ba ile ba khona ho a qoba, empa rangoan’ae o ne a lahlile likhalase tsa hae tsa mahlo ’me a sa bone hantle. Empa a ’na a batla Lini. Ka mor’a nakoana, pele leqhubu le leng le fihla o ile a mo utloa a hoeletsa a kōpa Jehova hore a mo thuse ’me rangoan’ae a khona ho mo thusa. Hona joale Lini o bolella motho e mong le e mong hore Jehova o ile a utloa lithapelo tsa hae.

Sehlekehlekeng sa Andaman le sa Nicobar: Mary le mora oa hae ea lilemo li robeli ea bitsoang Alwyn ba ne ba etetse beng ka bona ha tšisinyeho ea lefatše e reketlisa ntlo. Bohle ba ile ba mathela ka ntle. Mary o ile a bona leqhubu le leholo le tla le lebile lebōpong. Hona nakong eo, bese ea fihla. A kena ka beseng le mora oa hae ’me ba phonyoha. Empa batho ba bang ba ile ba mathela morao matlong a bona ho ea nka lintho tse seng kae eaba metsi ao aa ba hohola. Ka mor’a hore ba tsamaee sebaka se seng sekae, bohle ba ka beseng ba ile ba utloa hore lefatše le boetse lea reketla. Ba ile ba theoha beseng ba mathela sebakeng se phahameng moo batho ba ka bang 500 ba neng ba khobokane teng. Ba ile ba bona ha metsi a hohola bese eo a e phahamisa ho ea fihla hoo e ka bang halofo ea mithara ho tloha moo batho ba neng ba eme teng.

Ha metsi a kokobela, Mary o ile a khutlela lapeng ho se hokae. O ile a khona ho fumana Bibele ea hae le bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla, tse ileng tsa mo matlafatsa haholo matsatsing a ileng a latela ka mor’a moo. Batho ba makholo ba ile ba mathela lebōpong ha ho thoe likepe lia tla li tl’o nka batho sehlekehlekeng moo ’me ba qhefetsa metsing a leoatle ba emetse ho tla palama sekepe. Mary le mora oa hae ba ile ba qeta lihora letsatsi le leng le le leng ba eme ka metsing a ba khutlang thekeng, ba pota-potiloe ke litopo tse phaphametseng ka holim’a metsi. Sekepe se ile sa qetella se fihlile ka mor’a matsatsi a tšeletseng tsunami e bile teng. Mary o ile a khona ho fana ka bopaki bo botle kaha batho ba bangata ba ne ba beha Molimo molato ka tlokotsi e etsahetseng. Ha e le hantle, hona joale ngoetsi eabo e ithuta Bibele ebile e ba teng libokeng tsa Bokreste.

Prasanthi o ne a ile Koung ea Hut le mora oa hae ea lilemo li hlano ea bitsoang Jehoash, ba chaketse ntate oa hae ea seng a hōlile, e leng Mor’abo rōna Prasad Rao. Ha ba ntse ba le moo, ba ile ba utloa lefatše le reketla, ba bona maqhubu, ’me ba balehela sebakeng se phahameng. Metsi a ile a fihla bophahamong ba limithara tse hlano ka holim’a tsela ’me a koahela ntlo ea Prasad. A ile a hohola libethe, sehatsetsi, thelevishene le libuka tsa Motho e Moholo ka ho Fetisisa tseo e neng e le setoko sa phutheho. Hamorao, baphonyohi ba ile ba fumana libuka tse ling ’me ba qala ho li bala. Prasad, Prasanthi le Jehoash ba ile ba qeta matsatsi a mahlano ba khoahlapisa seo ba ka se jang ba bile ba khathatsoa ke menoang le lintsintsi. Ha likepe li fihla, Prasanthi le Jehoash le batho ba bang ba bangata ba ile ba tsamaea ka metsing a ba khutlang sefubeng ho ea ho batho ba pholoso, le hoja ho ne ho e-na le likoena haufi le moo! Ka nako eo, Prasanthi e ne e bile e le moimana oa likhoeli tse tšeletseng. Ntate oa hae o ile a kopana le bona hamorao.

Matlo ’ohle a Sehlekehlekeng sa Teressa a ile a hoholoa ke metsi. Bara le barali babo rōna ba 13 ba sehlekehlekeng seo ba ile ba qeta matsatsi a tšeletseng ba le sekhoeng, ba lapile ba bile ba longoa ke likokoanyana, pele ba isoa Sehlekehlekeng sa Camorta. Ha ba le moo ba ile ba isoa ha Mor’abo rōna Mark Paul, ea lulang sebakeng se phahameng eo lehae la hae le bileng le sebelisoang e le Holo ea ’Muso. Pejana, letsatsing leo ho bileng le tsunami ka lona, ho ne ho e-na le batho ba 300 sebokeng sa phutheho, ho fapana le ba 10 ho isa ho ba 12 ba atisang ho ba teng! Ho tloha nakong eo, liithuti tsa Bibele tse ncha tse 18 li ba teng kamehla libokeng, ka mor’a hore li iponele kamoo batho ba Jehova ba tšehetsanang ka lerato kateng.

Sri Lanka: Maqhubu a ile a pupetsa karolo ea bobeli borarong ea lebōpo la leoatle sehlekehlekeng seo, ’me a baka tšenyo e khōlō. Tsunami e qalile ka Sontaha hoseng, nakong eo barab’abo rōna ba bangata ba neng ba le libokeng tsa phutheho sebakeng se thōkoana le moo ho neng ho le kotsi haholo. Liphutheho tse leshome li ile tsa ameha, ’me morali’abo rōna e mong o ile a hlokahala ha metsi a hoholela ntlo ea hae leoatleng. Barab’abo rōna ba utloile bohloko haholo ha ba lahlehetsoe ke morali eo oabo rōna ea ratehang. Ho ile ha shoa le batho ba bang ba ’maloa ba thabelang, ’me barab’abo rōna ba bangata ba hlokahaletsoe ke beng ka bona. Moholo e mong o ile a hlokahalloa ke litho tse 27 tsa lelapa labo! Leha ho le joalo, ofisi ea lekala e re “barab’abo rōna ba fetile tlokotsing eo ‘ba sa tsoa kotsi’ moeeng.”

Lehae la Bethele le ne le tletse liphallelo, ’me litho tse ngata tsa lelapa la Bethele li ile tsa thusa mosebetsing oo oa liphallelo. Barab’abo rōna ba moo ba nang le likoloi ba ile ba isa liphallelo tseo libakeng tse anngoeng ke koluoa. Ka mor’a matsatsi a mane feela, bara bohle babo rōna ba ne ba fumanoe ebile ba fuoe lijo le liaparo. Ha ba botsoa hore na ba hloka eng hape, ba ile ba re: “Libibele le libuka! Tsa rōna li hohotsoe ke metsi.” Hang-hang ba ile ba fuoa lintho tseo ba li hlokang.

Molebeli e mong oa potoloho ea bitsoang Gerrad Cooke o ne a le Colombo ka nako eo. O ile a qeta lihora tse supileng a tsamaea ka koloi tseleng eo ho leng kotsi ho tsamaea ho eona ka mor’a shoalane ka lebaka la litlou tse sollang moo. Ha a fihla ka 10:30 bosiu, eena hammoho le mor’abo rōna e mong eo ntlo ea hae e neng e qoetse ka har’a metsi, ha baa ka ba senya nako ba ile ba etela malapa a mang ’me ba a abela liphallelo ho fihlela ka matjeke.

Thailand: Ha ho barab’abo rōna ba ileng ba lemala kapa ba shoa, ebile ha ho ba senyehetsoeng ke mekhoa eo ba iphelisang ka eona. Empa ba bang ba tsoang linaheng tse ling ba neng ba tlile phomolong moo ba nyametse, ’me ho nahanoa hore ba shoele. Bona ba akarelletsa mor’abo rōna e mong oa Finland, banyalani ba bang ba Sweden, mor’abo rōna e mong oa Austria le motho e mong ea sa lumelang eo e leng monna oa morali’abo rōna. Banyalani ba bang ba bane ba tsoang Sweden ba ne ba le tšebeletsong ea tšimo le bahoeletsi ba bang ba moo thōkoana le lebōpo la leoatle. Ha ba khutlela hoteleng ea bona, ba fumana hohle ho hasane litopo le tšenyo e le e tšabehang.

Ka Mantaha hoseng ka mor’a ho reketla ha lefatše, lekala la Thailand le ile la founela molebeli ea okamelang Phuthehong ea Phuket le mo tsebisa hore morali’abo rōna ea tsoang Finland ea bitsoang Kristina, o sepetleleng se seng se bohōle ba leeto la metsotso e 90. Molebeli eo ea okamelang o ile a tloha hang-hang le mor’abo rōna e mong ba ea sepetleleng seo. Ha a ngola o re: “Esale e le ’na ke ne ke qala ho bona masisa-pelo a makaalo bophelong ba ka—batho ba arohaneng le balekane ba bona, batsoali ba arohaneng le bana ba bona, bana ba arohaneng le batsoali ba bona. Ba bang ba ne ba lla ba kōpa thuso; ba bang ba tonne mahlo feela ba shebile holimo ba bang ba shebile fatše. Boemo e ne e le bo otlang pelo hoo nako le nako re neng re tlameha ho tsoela ka ntle e le hore re laole maikutlo a rōna ho se hokae le hore re rapele re kōpe matla.”

Barab’abo rōna ba ile ba fumana Kristina a le mothating oa ho ea buuoa leoto le robehileng. O ne a lahlehetsoe ke litokomane tsohle tsa hae. Ka mor’a opereishene, barab’abo rōna ba babeli ba moo ba ile ba rapela le eena ’me ba lula le eena ho fihlela ka khitla. O ile a khutlela Finland ka sefofane ka mor’a matsatsi a seng makae. Barab’abo rōna ba tlaleha hore ho sa tsotellehe mathata ao, “Kristina o ne a ntse a betefetse a bile a le matla.” Ka masoabi, monna oa hae eena o ile a bolaoa ke tsunami eo.

Ho Neheloa ha Makala

Angola, ka la 8 January, 2005: Letsatsi leo le ikhethang e bile la bohlokoa haholo mosebetsing oa boboleli naheng ea Angola, e bileng le ntoa ea lehae ka lilemo tse ka bang 40. Stephen Lett o ile a thabela tokelo ea ho fana ka puo e nehelang mehaho ea lekala Angola le ea ho ba setho sa pele sa Sehlopha se Busang se ileng sa etela naheng eo. Lenaneong leo ho ile ha e-ba le baeti ba ka bang 730 ba tsoang linaheng tse 11. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala mohaho o mocha oa lekala? Ka 1975 lekala leo le ne le tlalehile tlhōrō ea bahoeletsi ba 3 055. Empa qetellong ea 2004, lenane leo le ne le se le imenne ka makhetlo a 18 le le ka holimo ho 54 000!

Bulgaria, ka la 9 October, 2004: Baithaopi ba machaba ba 150 le barab’abo rōna ba ka bang 300 ba moo ba ne ba thusitse ho haha mohaho o mocha oa lekala Sofia, o nkileng nako e ka holimo ho lilemo tse tharo hore o fele. Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo ho bamameli ba 364 ba neng ba emela linaha tse 24.

Ethiopia, ka la 20 November, 2004: Mathoasong a 2004, litho tse 60 tsa lelapa la Bethele li ne li qhalakane libakeng tse robong—boo e ne e le boemo bo sa thabiseng! Lehae la tsona le lecha la Bethele le lutse letsoapong le karolong e ka bochabela ea motse-moholo, Addis Ababa, ebile le bophahamong ba limithara tse 2 400 ka holim’a leoatle. Ka linako tse ling bosiu ha ho khutsitse, ho utloahala setšeho sa mafiritšoane. Gerrit Lösch o ile a bua le bamameli ba 2 230, ba neng ba akarelletsa baeti ba 200 ba tsoang linaheng tse 29. Ba bang bao ho ileng ha buisanoa le bona ke ba ’maloa ba neng ba ile ba koalloa teronkong ba ba ba hlokofatsoa ka lebaka la tumelo ea bona. Morali oa mor’abo rōna e mong ea ileng a bolaoa o ile a re, “Tsohong ea bafu, Ntate o tla thaba ha a utloa hore ke ile ka latela mohlala oa hae oa boinehelo ba bomolimo ka sebeletsa Bethele.”

Ghana, ka la 5 March, 2005: Malcolm J. Vigo oa lekala la Nigeria o ile a fana ka puo ea nehelo ho bamameli ba 3 243. Mehaho e atolositsoeng ea lekala e sa tsoa neheloa e akarelletsa mehaho e meraro ea bolulo, liofisi tse 50, sebaka sa lefapha le hlokomelang mehaho, Holo ea ’Muso, holo ea ho jela, kichine le moo ho hlatsoetsoang liaparo teng.

Guam, ka la 25 June, 2005: Lena e ne e le lekhetlo la boraro ho tšoaroa lenaneo la nehelo ho tloha ka 1980, ha Guam e ne e e-na le phutheho e le ’ngoe feela. Hona joale ho na le liphutheho tse leshome. Ntle le ho nchafatsoa ha mehaho e teng, ho hahiloe Holo e ncha ea ’Muso le mohaho oa bolulo o nang le mekato e ’meli. Ho ile ha tla baithaopi ba 100 ba machaba ba tsoang Australia le United States—ba neng ba itefeletse ho ea moo. Lekala le re ha mohlahlobi e mong oa mehaho moo a utloa seo ’me a bona boleng ba mosebetsi o entsoeng, “o ile a sisinya hlooho a sa kholoe seo a se utloang le seo a se bonang.” Lorence Shepp oa lekala la Peru o ile a fana ka puo ea nehelo.

Mauritius, ka la 6 November, 2004: Gerrit Lösch o ile a fana ka puo ha ho ne ho neheloa mehaho e atolositsoeng ea lekala leo. Mehaho e atolositsoeng e akarelletsa liofisi tse 12 tse ncha tsa Lefapha la Phetolelo le sebaka sa lefapha le hlokomelang mehaho. Ho ne ho tlile baeti ba tsoang Afrika Boroa, Europe, Madagascar, Mayotte, Réunion le Seychelles.

Nicaragua, ka la 4 December, 2004: Baithaopi ba machaba ba fetang 330 le barab’abo rōna ba makholo ba moo ba ile ba haha liofisi tse ncha le mehaho ea bolulo lekaleng leo ba ba ba haha Holo ea Kopano e bulehileng ka mahlakoreng e ka lulisang batho ba 2 400. Puo ea nehelo e ile ea fanoa ke Samuel Herd oa Sehlopha se Busang. Baeti ba ne ba akarelletsa baromuoa ba neng ba kile ba sebeletsa Nicaragua. U ka inahanela kamoo ba ileng ba thaba kateng ha ba kopana le bao e neng e le liithuti tsa bona tsa Bibele ba se ba bile ba e-na le bana, ’me maemong a mang ba se ba bile ba e-na le litloholo!

Panama, ka la 19 March, 2005: Samuel Herd o ile a bua le bamameli ba 2 967, bao boholo ba bona ba neng ba sebelelitse Jehova ka lilemo tse fetang 20. Ha barab’abo rōna ba qala mosebetsi oa kaho, ba ile ba hira kreine le motho ea e khannang ho tlosa litereilara tse ling tse neng li bolokile thepa. Ha mokhanni oa eona a fihla setšeng, o ile a hana ho etsa mosebetsi oo, a re setša seo ha sea lokisoa hantle. Barab’abo rōna ba ile ba leka ho behelana mabaka le eena empa ba hlōleha. Empa ha a le mothating oa ho tsamaea o ile a botsa, a re, “E le hore ha e le hantle le ba bolumeli bofe?”

Barab’abo rōna ba re: “Re Lipaki Tsa Jehova.”

Monna eo o ile a nahana ho se hokae a ntan’o re, “Ho lokile, ke tla o etsa mosebetsi oo.” Ke’ng se ileng sa etsa hore a fetole maikutlo kapele joalo? Baralib’abo rōna ba babeli ba ne ba ithuta Bibele le bana ba hae, ’me o ne a ananela seo baralib’abo rōna ba se etsang.

Slovakia, ka la 16 April, 2005: Theodore Jaracz oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo ho baeti ba 448 ba tsoang linaheng tse 21. Ka le hlahlamang ho ile ha tšoaroa seboka se khethehileng lebaleng la lipapali, ’me baeti ba bangata ba ea teng ka libese. Mokhanni e mong o ile a re: “Le batho ba mofuthu le ba thabileng, batho bohle baa ntumelisa! Ke tseba lebaka. Ke ka lebaka la tumelo ea lōna. Hangata ke khannela bana ba sekolo le matichere. Ke ’na ea lokelang ho lumelisa bana pele; matichere ’ona ebile ha a itšoenye le ka ho re feela lumela!”

Wallkill, New York, U.S.A., ka la 16 May, 2005: Ha John Barr oa Sehlopha se Busang a ne a fana ka puo ea nehelo o ile a re: “Kaofela ha rōna re ikemiselitse ho nehela sebaka sena sa khatiso se setle se secha le mohaho ona oa bolulo oa A, C le D ho Molimo a le mong feela oa ’nete, e leng Jehova.” Mosebetsi oa kaho sebakeng seo se secha sa khatiso o qalile ka la 1 May, 2003, ’me likhoeli tse robeli feela hamorao, ho ile ha kenngoa o mong oa mechine e teng hona joale ea khatiso sebakeng seo se secha sa khatiso.

Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka United States, haholo-holo tse liprofinseng tse haufi, li ile tsa romela batho ba nang le tsebo. Mosebetsi o mong o ile oa etsoa ke bo-ralikonteraka ba ka ntle. Rakonteraka e mong o ile a re: “Ha ke khone ho lefa basebetsi ba ka hore ba sebetse joaloka lōna tjena. Le sebetsa ka pelo eohle.” Mookameli e mong oa mosebetsi oa kaho o ile a re: “Ke ithutile ho hongata mabapi le mosebetsi oa ka likhoeling tse seng kae tseo ke li qetileng ke le Watchtower ho feta seo ke ithutileng sona lilemong tse hlano tseo ke li qetileng ke le sekolong!” Moemeli oa k’hamphani e neng e kenya lebanta le tsamaisang lingoliloeng o ile a re: “Kea le leboha, re qala ho kenya lebanta lena ka nako e khutšoaane hakana. Motho e mong le e mong mona o thabile, e leng se nthabisang le ’na! Ho monate ho ba sebakeng sena se setle.”

Lilemong tse seng kae pejana, lekala la United States le ne le e-na le mechine e 15 ea khatiso ea web-offset—e 11 e le Brooklyn ha e meng e 4 e ne e le Wallkill. Hona joale, ka lebaka la tsoelo-pele ea theknoloji le tokisetso ea ho abela makala a mang mosebetsi e le hore mosebetsi oa khatiso o etsetsoe libakeng tse itseng feela, ho se ho e-na le mechine ea khatiso e mehlano feela. Sebaka se secha sa khatiso se bile se na le tsamaiso e reretsoeng ho bokella lipampiri ha li qeta ho pongoa linthong tse hatisoang le libukeng tse kopanngoang, ebe e li hula ka moea e li tsamaisa ka liphaephe tse tsamaeang holimo tse li isang mechineng e itsamaisang e li tlamang ha li se li lekane. K’hamphani e ’ngoe ea ka ntle e etsa pampiri e ncha ka eo ea khale e bokeletsoeng, e leng se bolokelang lekala chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse 1,3 ka selemo!

Zambia, ka la 25 December, 2004: Ho batho ba ka bang 700 ba neng ba le teng ha ho neheloa mehaho e atolositsoeng, ba 374 ba sebelelitse Jehova ka lilemo tse fetang 40! Puong ea hae ea nehelo, Stephen Lett o ile a bolella ba bileng le seabo mosebetsing oo hore le bona, joaloka basebetsi papisong e ’ngoe ea Jesu, ba lokela ho babatsoa ho tsoa botebong ba pelo ka ho re ‘Le entse hantle!’—Mat. 25:23.

Barab’abo rōna ba ile ba boela ba fana ka bopaki bo botle nakong ea kaho. Rakonteraka e mong o ile a re: “Lōna le se le ntse le phela paradeiseng.”

Barab’abo rōna ba re: “U bolela ea sebele kapa ea moea?”

Rakonteraka eo a re: “Ka bobeli ba tsona!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lintlha tse mabapi le Leholiotsoana la Katrina li tla hlaha tlalehong e tlang.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Likopano Tsa “Ho Mamela Molimo”

Joalokaha ho hlalositsoe Likopanong Tsa Setereke tsa “Ho Mamela Molimo,” ke batho ba ‘tsebang Molimo’ le ba ‘mamelang litaba tse molemo’ feela ba tla pholoha letsatsi la Jehova la phetetso. (2 Bathes. 1:6-9) Kahoo, re batla ho etsa sohle se matleng a rōna ho thusa ba sa tsebeng Molimo hantle kapa ba mo halefetseng ka lebaka la lintho tse bohloko tse etsahalang lefatšeng. Re tla thusoa ke likofuto tse ncha, e leng pampitšana e reng Mahlomola ’Ohle a Tla Fela Haufinyane! le buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

Ha ho pelaelo hore pampitšana eo e ncha e tla tšelisa ba bangata ba anngoeng ke ntoa, bofuma, likoluoa, ho hloka toka le ho kula, e ba thuse ho bona hore hase Molimo ea bakang lintho tsena. Ka ho tšoanang, buka e ncha eona e tla ipiletsa ho batho ba labalabelang ’nete ea moea. E ngotsoe ka tsela e ipiletsang, e bonolo le e hlakileng, ’me lintlha tsa sehlooho li hlalositsoe hantle tsa ba tsa bontšoa ka litšoantšo. Pele u khannela ba bang thuto ka eona, tiisa hore u bala lihlooho tse 14 tse hlahang sehlomathisong.

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]

TSE LING TSA LIKETSAHALO TSA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2005

La 1 September, 2004

La 8 October: Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao Armenia.

La 9 October: Ho neheloa lekala la Bulgaria.

La 18 October: Ho qalisoa phutuho ea bukana ea Le Lule le Lebetse!

La 6 November: Ho neheloa lekala la Mauritius.

La 20 November: Ho neheloa lekala la Ethiopia.

La 4 December: Ho neheloa lekala la Nicaragua.

La 25 December: Ho neheloa lekala la Zambia.

La 26 December: Tšisinyeho ea lefatše ea boholo ba 9,0 haufi le Sumatra, Indonesia, e baka tsunami e kotsi ka ho fetisisa e kileng ea tlalehoa.

La 1 January, 2005

La 8 January, 2005: Ho neheloa lekala la Angola.

La 5 March: Ho neheloa lekala la Ghana.

La 19 March: Ho neheloa lekala la Panama.

La 24 March: Lekhotla le Phahameng la Tsamaiso Berlin le laela hore Lipaki Tsa Jehova tsa Berlin li fuoe litokelo tsa ho ba mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao.

La 16 April: Ho neheloa lekala la Slovakia.

La 1 May, 2005

La 16 May: Ho neheloa sebaka sa khatiso le sa bolulo Wallkill, New York.

La 25 June: Ho neheloa lekala la Guam.

La 31 August, 2005

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ba hloekisa Holo ea ’Muso e sentsoeng ke moroallo Seterekeng sa Niigata, Japane

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ba hlophisa liphallelo, Sri Lanka

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela