Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
HA LEFATŠE le ntse le thekesela ho tloha tlokotsing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, batho ba Molimo ba thabela boemo ba moea bo ntseng bo ntlafala ebile bo matlafala le ho feta. (Mal. 3:12, 18) Tsoelo-pele ena e tsitsitseng e re hopotsa tšepiso ea Jesu ho barutuoa ba hae pelenyana feela a nyolohela leholimong ha a ne a re: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Mat. 28:20.
Mosebetsi oa selemo se fetileng o fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore tšepiso eo e tšelisang ea Jesu ea phethahala. Taba ea pele, a re ke re nahaneng ka mokete oa moea oo bahlanka ba Jehova ba o thabetseng Likopanong Tsa Setereke Tsa “Tsamaeang le Molimo.”
Likopano Tsa “Tsamaeang le Molimo”
Moprofeta Mikea o ile a bontša phapang pakeng tsa ba lokileng le ba sa lokang ha a ne a bolela tjena esale pele: “Lichaba tsohle li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona; empa re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Mik. 4:5) Joalokaha sebui se ile sa hlalosa puong ea sehlooho, mantsoe ao a akaretsa boikutlo ba banna ba khale ba tšepahalang, ba kang Enoke le Noe, ba ileng ba tsamaea le Molimo linakong tse tletseng merusu haholo. (Gen. 5:22-24; 6:9, 22) Re na le tokelo e kaakang ea ho hata mehlaleng ea bona!
Na kopano eo ea setereke e matlafalitse qeto ea hao e tiileng ea ho “tsamaea ka lebitso la Jehova”? Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe lintlha tseo u li ngotseng kopanong? Ho etsa joalo ho tla nchafatsa mohopolo oa hao ’me ho u thuse ho rua molemo oa nako e telele lenaneong.
Libuka Tse Lokolotsoeng Kopanong
Na tšimong ea phutheho ea heno ho na le lipuo tse ngata? Joale e ka ’na eaba u se u sebelisitse bukana e ncha ea Good News for People of All Nations. Kaha e hlophisitsoe ka likhatiso tse tharo tse sa tšoaneng, tse nang le maqephe a 32, a 64 le a 96, bukana ena e etselitsoe ka ho khetheha hore e finyelle litlhoko tsa lipuo naheng ka ’ngoe. Kahoo etsa bonnete ba hore u ba le thulusi ena e ntle e ncha ka mokotleng oa hao oa tšimo. Ha u kopana le motho e mong ea buang puo eo u sa e tsebeng, ka kōpo latela mehato e meraro e boletsoeng leqepheng la 2 la bukana eo. Mohlomong e ka pholosa bophelo!
Tumellanong le temana ea selemo ea 2004—e reng, “Le lule le lebetse . . . Le itokise”—letsatsing la bobeli la kopano, sebui sa ho qetela se ile sa lokolla bukana e bitsoang Le Lule le Lebetse! (Mat. 24:42, 44) E se eka khatiso ena e ka thusa ba bangata haholo hore ba utloe ho potlaka ha mehla ea rōna le hore ba nahane ka ho teba ka bokamoso le liketsahalo tse tšosang tse tla hlaha. Joalokaha sebui se ile sa bolela, e se eka hape e ka thusa e mong le e mong oa rōna ho sebetsana ka katleho le likhatello tse ngata tsa bophelo le matšoenyeho a bophelo le hore re lule re tsitsitse moeeng ha re tobana le liteko.
Sekolo sa Balebeli ba Tsamaeang
Lilemong tse tšeletseng tse fetileng, balebeli ba potoloho le ba setereke ba fetang 600 ba Canada le United States, ho kopanyelletsa le Alaska le Hawaii, ba bile teng lihlopheng tse 13 tsa Sekolo sa Balebeli ba Tsamaeang se neng se tšoaretsoe Setsing sa Thupelo sa Watchtower, Patterson, New York, U.S.A. Selemong sa tšebeletso sa 2004, sekolo seo se ile sa atolosoa haholo ’me sa tšoaroa makaleng a mang a 87. Makaleng a 23 ho ana, lihlopha tsa liithuti li ne li akarelletsa liithuti tse tsoang linaheng tse ling ntle ho tsa naha eo sekolo se tšoaretsoeng ho eona. Ka mohlala, Jeremane e ne e memme barab’abo rōna ba tsoang Austria, Iseraele, Macedonia, Switzerland le Turkey. Portugal e ile ea amohela liithuti tse tsoang Luxembourg le lihlekehlekeng tse ngata, e leng sehlekehleke sa Azores, sa Cape Verde, sa Madeira le sa São Tomé le Príncipe. Kenya eona e ile ea amohela balebeli ba tsamaeang ba tsoang Ethiopia, Rwanda, Tanzania, Uganda le linaheng tse ling tsa Afrika.
Thupelo e kopanyelletsa tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea mosebetsi oa balebeli ba potoloho le ba setereke. Sepheo ke ho thusa bara bana babo rōna ba sebetsang ka thata hore ba atlehe haholoanyane ha ba phethahatsa boikarabelo ba bona bo bongata, bo akarelletsang ho ruta liphuthehong le likopanong le ho etella pele mosebetsing oa boevangeli. (2 Tim. 2:2; 4:5; 1 Pet. 5:2, 3) Hape thupelo e ba khothalletsa hore ba itlhokomele moeeng le hore ba sebelise mangolo ka temoho le temohisiso ha ba thusa ba bang.
Kaha lihlopha tse ngata li tšoareloa liofising tsa makala, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba thabela ho utloa hanyenyane hore na bophelo ba Bethele bo joang. Sehlopha se seng se ile sa ngola sa re: “Kemiso ea Bethele e re ruisitse molemo moeeng. Re thabetse lenaneo la borapeli ba hoseng ka botlalo, le akarelletsang ho bala Bibele le Buka ea Selemo. Ho sa tsotellehe mosebetsi oohle oo re neng re o fuoa o etsetsoang hae, re ne re boetse re ea Thutong ea Molula-Qhooa ea lelapa la Bethele ka Mantaha mantsiboea ’me re ruile molemo botsoalleng bo hahang.”
Ka mor’a lijo tsa motšehare letsatsi ka leng, bara ba bang babo rōna ba qeta hora ba sebetsa Lefapheng la Tšebeletso ka ho fapanyetsana. Ha ba le moo, ba ithuta kamoo ba ka sebelisanang le ofisi ea lekala ka botlalo, kamoo ba ka sebelisang ka katleho tataiso eo ba e filoeng le kamoo ba ka etsang hore litlaleho tsa bona e be tse nepahetseng haholoanyane le tse utloahalang hantle.
Labohlano le leng le le leng liithuti li ea puong e rutang le basali ba tsona. Puo ena e akarelletsa khothatso ea moea e lokiselitsoeng ka ho khetheha barali bana babo rōna ba tšepahalang. Ka mohlala, ba rua molemo ka ho hopotsoa hore ba tsoele pele ho beha mohlala o motle oa boikokobetso ba bosali ebile ba rupelloa ho tšehetsa banna ba bona ka hore ba sebetse hammoho le barali ba bang babo rōna liphuthehong. Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a tšoantša lipuo tsena tsa beke le beke le “limenyemenye tsa moea tse hlabosang.”
Ho hlakile hore thupelo eo e hatisa bohlokoa ba ho sebelisa Bibele—haholo-holo Bibele ea New World Translation of the Holy Scriptures—With References. Jeremane seithuti se seng se ile sa re: “Ke ikemiselitse ho sebelisa Reference Bible ha ke etsa thuto ea botho le ha ke le libokeng tsa phutheho. Ke hona ke utloisisang bohlokoa ba eona ka botlalo.” Molebeli e mong ea tsamaeang eo e leng khale a li bona Brithani o ile a re o utloa bomoea ba hae le tsebo ea hae ea ho ruta li matlafalitsoe ke ho tsepamisa maikutlo Lentsoeng la Molimo. O ile a ngola a re: “Ke ithutile hore le hoja papiso e monate e thusa ha u fana ka puo, empa ho bala mangolo le ho a hlalosa ke habohlokoa le ho feta.”
Liithuti tse ngata li ile tsa ngola tsa bolela kamoo li ananetseng sekolo seo kateng. United States mora e mong oabo rōna o ile a re: “Lipelo tsa rōna lia khaphatseha ke ho leboha Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ka ho re khothatsa le ho re hlomella likabelo tsa rōna. E se eka re ka sebeletsa ka tiisetso e khōlō le ho feta, re ananele litsela tsa Jehova ka ho tebileng haholoanyane re be re rate linku tsa hae tsa bohlokoa le ho feta.” Seithuti se seng Fora se ile sa ngola sa re: “Thupelo eo e entse hore ke ele hloko haholoanyane bohlokoa ba ho sebetsana ka lerato le bara le barali babo rōna le ho etsa sohle seo re ka se khonang ho etsa hore ba sebeletse Jehova ba thabile.” Ha a akaretsa maikutlo a ba bangata, molebeli e mong ea tsamaeang Portugal o itse: “Sekolo seo e bile phihlelo e putsang ka ho fetisisa mosebetsing oa ka oa puso ea Molimo.”
Morupeli e mong le eena o ile a hlalosa maikutlo a hae. O ile a re: “Ke tokelo ebile ke boikarabelo bo tebileng ho rupela banna bao le bona hamorao, ba tlang ho fana ka tataiso e amang bophelo ba bara le barali babo rōna ba likete. Re tšepa hore ka tlhohonolofatso ea Jehova, melemo ea sekolo sena e tla tsoela pele ka nako e telele.”—Jak. 3:1.
Bofelong ba selemo sa tšebeletso sa 2004, balebeli ba tsamaeang ba ka holimo ho 1 700 ba ne ba bile teng sekolong seo, se neng se tšoeroe ka lipuo tse 14. Sekolo sena se tla tsoela pele ho tšoaroa makaleng a maholo selemong sa tšebeletso sa 2005.
Litaba Tsa Molao
Ka la 19 May, 2004, Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho (European Court of Human Rights [ECHR]) le Strasbourg, Fora, le ile la phatlalatsa kahlolo nyeoeng ea Lotter khahlanong le Bulgaria. Ba ha Lotter, bao pele e neng e le baromuoa ba Lipaki Tsa Jehova, ba ne ba hlahletse nyeoe hobane ’muso o ne o lekile ho ba leleka naheng ea Bulgaria ka lebaka la bolumeli ba bona. Ba boholong naheng ea Bulgaria ba ile ba lumela ho lefa litšenyehelo tsa baqosi lekhotleng le ho fetola qeto ea ho ba thibela ho fumana tumello ea ho lula Bulgaria. Hape ba boholong ba ile ba lumela ho phatlalatsa boitsebiso bo hlakileng bo tiisang hore ba ela hloko boemo ba molao ba Lipaki Tsa Jehova Bulgaria, moo li ngolisitsoeng ka molao e le bolumeli ka 1998.
Ka la 16 December, 2003, ECHR e ile ea liha kahlolo e tšehetsang Séraphine Palau-Martínez. Ka livoutu tse 6 ho e le ’ngoe, lekhotla le ile la ahlola hore Fora e ne e hataketse litokelo tsa Morali’abo rōna Palau-Martínez mabapi le lelapa la hae. O ile a hlahlela nyeoe ea hae ho ECHR ha a ne a amohuoa tokelo ea ho hlokomela bana ba hae ba babeli kahobane makhotla a Fora a maipiletso a ne a entse qeto ea hore ho ne ho le molemo “ho se behe [bana] tlas’a melao e thata, e ba hlokisang bolokolohi ea ho hōlisa bana eo bana ba . . . Lipaki Tsa Jehova ba e jarisoang.” Ha e liha kahlolo, ECHR e ile ea etsa qeto ea hore makhotla a maipiletso a ne a entse qeto ea ’ona a sa natse maemo a sebele ao bana ba phelang ho ’ona le hore na ke sefe se molemo ho bona ’me hoo ho ile ha fella ka hore ho etsoe qeto e bontšang khethollo ea bolumeli.
Ka mor’a ho qeta lilemo li mameletse litlhaselo tsa lihlopha tsa mahoohoo tse neng li hlohlelletsoa ke batho ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, bao ba bang ba bona ba koaletsoeng teronkong, Lipaki Tsa Jehova naheng ea Georgia li ile tsa ea ka khotso Kopanong ea Setereke ea “Tsamaeang le Molimo.” Barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo ha ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Segeorgia. Hape, ka la 28 November, 2003, Lekala la Toka la Georgia le ile la ngolisa lekala la sebakeng seo la Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Kahoo, le hoja ka 1998 Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la Georgia le ne le entse qeto ea ho felisa mokhatlo o neng o sebelisoa ke Lipaki Tsa Jehova ka nako eo, hona joale mokhatlo o mocha o amoheloa ka molao, ’me barab’abo rōna ba thabetse seo.
Leha ho le joalo, ho na le linyeoe tse ngata Georgia tse sa ntseng li le ka pel’a ECHR. Empa hoa thabisa ho bona hore boemo ba barab’abo rōna bo ntse bo ntlafala moo.
Ho tloha ka 1990 barab’abo rōna ba Jeremane ba ’nile ba leka ho ngolisa mokhatlo oa rōna oa bolumeli tlas’a molao oa mekhatlo ea sechaba empa ha baa atleha. Ha Lekhotla le Leholo la Tsamaiso le ne le batla hore Lipaki Tsa Jehova li tšepahale ho “Cesare” ho feta kamoo molao o hlokang kateng, Lekhotla le Leholo la Molao oa Motheo le ile la lahlela qeto eo matjoing ka hore ha e lumellane le molao oa motheo ’me la khutlisa nyeoe eo hore e e’o mameloa bocha. (Mar. 12:17) Ka la 25 March, 2004, Lekhotla le Leholo la Tsamaiso le ile la qala ho hlahloba nyeoe eo bocha. Lekhotla le ile la kōpa hore le fuoe boitsebiso bo eketsehileng ka boemo ba rōna mabapi le mali, khōliso ea bana, ho khaola le ho se nke lehlakore. Moahloli ea neng a okametse nyeoeng eo o ile a bolela hore qoso ea ’muso e lokela ho thehoa bopaking ba ’nete—ba lipalo-palo le litokomane tsa molao—eseng litabeng tse belaetsang tse qotsitsoeng Inthaneteng le mangolong a batho ba tletseng lisuoa.
Foromo e sebelisetsoang ho bala batho ba thaotheloang ho kena sesoleng Greece e ne e e-na le moo ho ka khethoang “Motšehetsi oa Puso ea Lilemo Tse Sekete kapa Mojehova” lethathamong la eona la malumeli. Kaha ofisi ea lekala Greece e ne e talima sena e le nyeliso, e ile ea tletleba Lekaleng la Tšireletso. Ka la 24 March, 2004, Lekala la Tšireletso le ile la ngolla Lipaki Tsa Jehova, la bolela hore le ne le sa rera ho baka khopiso le hore le ne “le se le qalile ho lokisa phoso eo hang-hang.” Foromo e nepahetseng e baleha tjena, “Lipaki Tsa Jehova Tsa Bakreste.”
Ka lilemo tse mashome Peru e ’nile ea amohela Lipaki Tsa Jehova ka molao e le bolumeli. Leha ho le joalo, ka November 1997 Lekala la Thuto le ile la qala ho hana likōpo tsa rōna tsa hore re se lefisoe lekhetho bakeng sa lingoliloeng tsa rōna, hape le ne le batla chelete e ngata pele lingoliloeng tsena li ka lokolloa ofising ea lekhetho la thepa e kenang ka har’a naha. Taba ena e ile ea leba lekhotleng. Ka la 11 December, 2003, moahloli o ile a etsa qeto e tšehetsang Lipaki Tsa Jehova. O ile a phatlalatsa hore liketso tsa lekala leo e ne e le “tse se nang motheo, tse se nang mabaka le tse sa utloahaleng.” O ile a bolela hore boitšoaro ba basebeletsi ba lona “bo ne bo bontša khethollo [ebile] bo khopisa.” Mathata a amanang le ho kenya lingoliloeng ka har’a naha a ile a rarolloa ka potlako.
Puerto Rico ke naha e ipusang e nang le maqhama le United States; e na le molao o lumellang hore libaka tsa bolulo tsa sechaba li koaloe ka liheke, li lika-liketsoe ka marako ’me li be le balebeli. Mekoallo ena e sitisa mosebetsi oa rōna oa tšimo. Mapolesa a ne a bile a tlosa bahoeletsi ho tse ling tsa libaka tsena. Boiteko ba ho lokisa bothata bona kantle le ho bo isa lekhotleng bo nyopile. Joale ho hlahletsoe nyeoe Lekhotleng le Leholo la Setereke la Puerto Rico, e kōpang hore molao oo o nkoe o sa lumellane le molao oa motheo, e le o kena-kenanang le tokelo ea ho sebelisa bolumeli ka bolokolohi ebile e le o kena-kenanang le bolokolohi ba ho bua. Ho sa ntse ho emetsoe qeto ea lekhotla.
Ka la 28 October, 2003, Lekhotla la Maipiletso la Bucharest le ile la phatlalatsa Kahlolo ea No. 1756, e tlamang ’muso oa Romania hore o kenyelletse Lipaki Tsa Jehova lethathamong la melao ea lekhetho e etselitsoeng malumeli a amoheloang ka molao. Ka la 6 February, 2004, Koranta ea ’Muso ea No. 112 e ile ea phatlalatsa lethathamo la “malumeli a amoheloang ka molao Romania.” Lipaki Tsa Jehova li ne li kenyelelitsoe.
Ka la 21 March, 2004, Lekhotla la Setereke la Seoul Rephabliking ea Korea le ile la fumana barab’abo rōna ba bararo ba se molato liqosong tse amanang le ho hana ho kena sesoleng ka mabaka a bolumeli. Lena ke lekhetlo la pele lekhotla la naha eo le amohela ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo e le tokelo ea sechaba. Hona joale barab’abo rōna ba makholo ba ntse ba koaletsoe literonkong Korea ka lebaka la “tlōlo ea molao” ea ho ‘tea lisabole tsa bona hore e be mehoma.’ (Esa. 2:4) Ka bomalimabe lekhotla le phahameng ka ho fetisisa hammoho le lekhotla la molao oa motheo a hanne ho sebelisa tiiso ea molao oa motheo oa Korea e fanang ka tokoloho ea bolumeli hore a sireletse barab’abo rōna. Leha ho le joalo, haufinyane tjena lekhotla le etsang molao la Korea le entse setšoantšo sa molao se buellang hore baahi bohle ba tšoanelehang ba lilemong tsa ho kenngoa sesoleng ba etse tšebeletso ea sechaba.—Liprov. 21:1.
Qeto ea Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la United States nyeoeng ea Watchtower . . . khahlanong le Motse oa Stratton e sa ntse e tsoela Lipaki Tsa Jehova molemo tšebeletsong ea tsona ea ntlo le ntlo. Ka mohlala, motseng o mong naheng ea New York, U.S.A., mapolesa a ne a ntse a tsoela pele ho batla mangolo a tumello ho Lipaki pele li kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa. Leha ho le joalo, ka mor’a hore mookameli oa mapolesa a tsebisoe ka boemo boo le ka qeto ea lekhotla, o ile a ngola a re: “Ke soabile nko ho feta molomo ke liketso tsa mapolesa a ka tabeng ena ’me ke ikōpela tšoarelo ka tšitiso leha e le efe e bakiloeng ke sena.”
Motse o mong naheng ea Illinois o ile oa laela lefapha la oona la sepolesa hore le hlokomelise mapolesa ’ohle a lebelang sebakeng seo le liofisiri le basebetsi hore ka lebaka la qeto ea Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la United States, “ha ho hlokahale hore Lipaki Tsa Jehova li be le lengolo la tumello pele li ea ka ntlo le ntlo.” Litaelo tseo li ile tsa tsoela pele ho re: “Ha ho hlokahale hore li re tsebise ha li bolela molaetsa motseng.”
Ka la 8 October, 2003, Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la Iowa le ile la liha kahlolo e tšehetsang Lester Campbell nyeoeng e amanang le ho hana ho tšeloa mali. Mor’abo rōna Campbell o ile a hlahlela nyeoe hore a lefshoe litšenyehelo tsa hore ebe o tšetsoe mali a hae ka mor’a hore a sebetsoe ho sa natsoe hore ebe o ne a ngotse litaelo ebile a boletse ka molomo hore ha a batle mokhoa oo oa phekolo. Lekhotla la mathomo le ne le lihile kahlolo e tšehetsang ngaka le sepetlele. Leha ho le joalo, Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la Iowa le ile la fetola qeto ea lekhotla leo, la liha kahlolo ka hore Lester Campbell o ne a sa hloke setsebi sa bongaka ho tiisa hore ho tšeloa mali ntle ho tumello ea hae e ne e le mokhoa o sa amoheleheng oa phekolo. Hape lekhotla le ile la etsa qeto ea hore a buseletsoe litšenyehelo.
Thibelo e Entsoeng Moscow le Liphello Tsa Eona
Ka la 26 March, 2004, Lekhotla la Bo-’masepala la Setereke la Golovinsky Russia le ile la liha kahlolo ho thibela mesebetsi eohle ea Lipaki Tsa Jehova Moscow le ho felisa mokhatlo oa tsona oa molao. Ho ile ha etsoa boipiletso ka qeto ena. Ka la 16 June, 2004, Lekhotla la Motse oa Moscow le ile la tšehetsa qeto eo, ’me thibelo eo le bohato ba ho felisa mokhatlo ka molao tsa qala ho sebetsa. Barab’abo rōna ba isitse boipiletso ho ECHR ’me ba tšepa hore nyeoe ea bona e tla mameloa kapele ka lebaka la mathata a mangata a bakoang ke thibelo eo.
Leha ho le joalo, thibelo eo ha ea nyahamisa barab’abo rōna. Ha e le hantle, e susumelelitse ba bangata ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. Cheseho ea bona e re hopotsa mantsoe a moapostola Pauluse ha e ne e le motšoaruoa Roma. O ile a ngola a re: “Litaba tsa ka li feletse ka hore litaba tse molemo li tsoele pele.”—Bafil. 1:12.
Ka mohlala, ka March, 2004 ho ile ha e-ba le tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa ea bahoeletsi ba 136 034 le ea lithuto tsa Bibele tse 136 903. Lena e ne e le lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse supileng palo ea lithuto e feta palo ea bahoeletsi! Ho tloha ka March ho fihlela ka June, lekala le amohetse likōpo tse ka holimo ho 1 000 tsa tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla, ’me ka April ho ne ho e-na le tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 15 489. Lekala le tlaleha hore “ka ho tšoanang, qeto ea lekhotla ea la 16 June e susumelelitse barab’abo rōna hore ba etse mosebetsi o mongata.” Hape e susumelitse ba bang—ho akarelletsa le banna ba sa lumelang—hore ba qale ho ea libokeng tsa Bokreste.
Seithuti se seng sa univesithi sa United States se ne se le Russia ha ho ne ho lihuoa kahlolo eo ka June. Lekala le bolela hore “se ile sa etela Bethele ka ho khetheha, mathōkong a St. Petersburg, ho ea ithuta ho eketsehileng ka boemo boo. Se ile sa khahloa ke bohloeki ba mehaho eo esita le ke kamohelo eo se ileng sa e fumana.” Se makalitsoe ke hore na motho leha e le ofe a ka thibela Lipaki Tsa Jehova ka lebaka lefe, se ile sa kōpa lingoliloeng le livideo hore se khutlele le tsona California ho ea li bontša liprofesa tsa sona lefapheng la lithuto tsa bolumeli.
Likopano Tsa Moscow li Tsoela Pele ka Khotso
Ho tloha ka la 11 ho fihlela ka la 13 June, pejana feela lekhotla la maipiletso le liha kahlolo eo e khahlanong le rōna, ho ile ha tšoaroa Likopano tse peli tsa “Tsamaeang le Molimo” Moscow, e ’ngoe e tšoeroe ka Puo ea Matsoho ea Russia. Qalong, likopano tseo li ne li tla lokela ho tšoaroa ka mor’a nyeoe eo, empa Komiti ea Lekala e ile ea atleha ho etsa hore nyeoe eo e chechisoe. Barab’abo rōna ba tlaleha hore likopano li ile tsa tsoela pele hantle le hore ba boholong motseng oo ba ile ba bontša tšebelisano-’moho. Ha e le hantle, baokameli ba mapolesa a neng a theohetse lihekeng tsa lebala la kopano ba ile ba a fa taelo ena: “Ha le kenya batho ka lebaleng, le se ke la tsuba hape le se ke la sebelisa puo e litšila.”
Moscow, tseleng e tsamaeang ka tlas’a lefatše, monna e mong o ile a etselletsa sehlopha sa baralib’abo rōna ka hore se mo utsoelitse chelete. O ile a re ba tsamaee le eena ho ea seteisheneng sa mapolesa. Ha a le mapoleseng, ha aa ka a qosa barali bao babo rōna feela empa o ile a qosa le bohle bao e leng “litho tsa lequloana” leo ka hore ba bakile sephethephethe ka boomo e le hore ba tsebe ho utsoetsa batho. Ha le araba, lepolesa le ile la sheba baralib’abo rōna eaba lea botsa, “Le bo-mang?”
Ba le bontša libeche tsa bona, ’me ba re, “Re Lipaki Tsa Jehova ’me re ea kopanong ea rōna.”
Joale lepolesa la talima moqosi enoa eaba le re: “Lipaki Tsa Jehova ha li utsoe. U tlameha ho kōpa tšoarelo ho tsona, hobane u li rohakile.” Joale lepolesa leo la sheba baralib’abo rōna ’me la re: “Potlakelang kopanong ea lōna.” Eaba le re ho monna eo: “Empa uena lula mona. Ke sa batla re tsoele pele ka puisano ena.”
Tlhōrō ea ba bileng teng kopanong e neng e tšoaretsoe lebaleng la lipapali e ne e le 21 291 ’me ha kolobetsoa ba 497. Kopanong ea puo ea matsoho e neng e tšoaretsoe Holong ea ’Muso, ba bileng teng ba ile ba fihla ho 929 ’me ha kolobetsoa ba 19!
Ho Sebetsana le Liteko Haiti
Ka 2004 naha ea Haiti e sehlekehlekeng e ile ea angoa habohloko ke merusu ea lipolotiki, pefo, khaello ea lisebelisoa tsa bohlokoa le litheko tse phahameng ka sekhahla. Ho phaella masisa-pelong ana, ka May sekhohola se matla se ile sa bolaea batho ba fetang 1 500 ’me sa siea ba likete ba se na mahae. Ha ho Lipaki tse ileng tsa shoa, empa tse ’maloa li ile tsa lahleheloa ke sohle seo li neng li e-na le sona, ho akarelletsa le mahae a tsona.
Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba matlafala ha ba bona bopaki bo hlakileng ba thuso ea Jehova le tataiso ea hae le ha ba bona kameho e lerato e bontšitsoeng ke Sehlopha se Busang le mokhatlo oa machaba oa bara ba motho. Lerato leo le ile la bontšoa ka tsela e sebetsang ha batho ba hlahetsoeng ke koluoa ba fuoa lintho tse bonahalang. Ho hlakile hore barab’abo rōna ba sebakeng seo le bona ba ile ba thusana hore ba fumane lijo le lintho tse ling tse hlokahalang.
Lekala la Haiti le ile la ela hloko se etsahalang e le hore le ka fana ka tataiso liphuthehong. Ka mohlala, ha pefo e ntse e eketseha motse-moholo, Port-au-Prince, Komiti ea Lekala e ile ea eletsa barab’abo rōna hore ba tšoare liboka letsatsi pele, e leng liboka tseo ka tloaelo li neng li tla tšoaroa ka Sontaha, sa la 29 February. Keletso eo e ile ea bonahala e le bohlale, hobane hona Sontaheng seo, mopresidente oa Haiti ea neng a thibeletsoe o ile a itokolla mosebetsing ’me ea e-ba mophaphathehi. Tlaleho ea koranta e ile ea re: “Ho ile ha utloahala melumo ea lithunya ho pholletsa le motse-moholo ha merusu e qala.” Lekala lea ngola: “Ha ho motho ea neng a nahanne hore lintho tse joalo li ne li tla etsahala. Ho ne ho ke ke ha khoneha ho ea libokeng Sontaheng seo. Re leboha Jehova ka hore ebe barab’abo rōna ba ile ba sireletseha.”
Nakong eo e sa tsitsang le e kotsi, mapolesa le lebotho la marabele hammoho le masholu kaofela ba ne ba emisa likoloi mebileng, ’me ’muso o ile oa phatlalatsa qomatsi ho tloha ka shoalane ho fihlela ka meso. Empa le pele ho phatlalatsoa qomatsi, liphutheho li ile tsa fetola linako tsa tsona tsa liboka e le hore bohle ba ka khutlela hae ba bolokehile pele ho fifala. Liphutheho tse ngata li ile tsa tlaleha palo e eketsehileng ea ba bang teng libokeng!
Hape barab’abo rōna ba ile ba lula ba tšoarehile tšebeletsong ea tšimo, e leng ho ileng ha khahla baahelani ba bona. Moahelani e mong o ile a re: “Rea khothala ha re bona lōna Lipaki le ntse le bolela joaloka ka kamehla.” Ho hlakile hore bahoeletsi ba ne ba le hlokolosi haholo ’me ba lula ba tsebisana hore na ke hokae moo ho neng ho bolokehile ’me maemo a ba lumella hore ba etse tšebeletso ea tšimo.
Ho Tsebahala ha Rōna re le Bakreste Hoa re Sireletsa
Lekala la Haiti lea ngola: “Hore ebe baahelani ba bona ba ba tseba hantle le hore ebe ba tumme ka ho se nke lehlakore lipolotiking ho ile ha sireletsa barab’abo rōna ba bangata hore ba se ke ba otloa le ho utsoetsoa.” Ka mohlala, lihlopha tse hlometseng tsa litlokotsebe li ile tsa emisa banyalani ba baromuoa ka makhetlo a mararo moo li neng li emisitse likoloi tseleng. Banyalani bao ba ile ba etsa lintho tse peli: Ba ile ba ipolela hore ke Lipaki Tsa Jehova, eaba ba rapella ka pelong ba ba ba rapella holimo. Libakeng tseo tse tharo kaofela moo ho neng ho emisitsoe likoloi teng, motho e mong o ile a ba buella, a bolela hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba molemo ba sa keneng lipolotiking. Banyalani bao ba ile ba fihla hae ba bolokehile.
Lihlopha tse hlometseng li ile tsa boela tsa emisa litho tsa lelapa la Bethele. Joaloka baromuoa, bara bana babo rōna ba ile ba ipolela hore ke Lipaki, eaba baa rapela ’me ha e-ba le liphello tse tšoanang. Ketsahalong e ’ngoe lesholu le ile la re: “Ikeleng ka khotso ’me le re rapelle!” Mosebeletsi e mong oa Bethele o ile a emisoa moo mapolesa a neng a emisitse likoloi teng, a batla ho phenya koloi ea hae ho sheba libetsa. Mor’abo rōna o ile a re: “Libetsa tseo ke nang le tsona feela ke Bibele le limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!” Lepolesa le ile la bososela eaba le re a fete. Ka mor’a moo, a ile a lemoha koloi ea hae e sa le hojana ’me a mo lumella ho feta a sa mo botse letho.
Lekala le ile la tlaleha hore likhoeling tse ileng tsa latela, boemo bo ne bo batla bo tsitsitse. Empa mathata a ne a ntse a tsoela pele, ’me tsitsipano e ntse e le teng. Kahoo barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho ba hlokolosi.
Setsi sa Khatiso Sea Ntlafatsoa United States
Ka tataiso ea Sehlopha se Busang, ka 2002 mosebetsi oa khatiso o ile oa qala ho hlophisoa bocha ho ea ka libaka tse hlano tse khōlō tsa lefatše—e leng Afrika, Amerika Boroa, Amerika Leboea, Asia le Europe. Tokisetso ena e feletse ka hore mehaho ea makala e sebelisoe ka tsela e atlehileng haholoanyane, ho kopanyelletsa le e United States, eo joale e fokolelitsoeng boholo ba mosebetsi.
Ka 2004, mesebetsi eohle ea khatiso, ea ho kopanya libuka le ea thomello United States e ile ea kopanngoa hore e be sebakeng se le seng Wallkill, New York. Polane eo kaofela le morero oa eona e ile ea hlahisoa ka pel’a boto ea meralo ea toropo ka la 6 August, 2002. Taba eo e ile ea mameloa phatlalatsa ka la 3 September ’me ka mor’a moo ho ile ha fanoa ka tumello. Ka la 5 October, 2002, sebokeng sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, ho ile ha etsoa tsebiso ea hore Sehlopha se Busang se lumeletse hore tšebetso ea khatiso e be sebakeng se le seng, Wallkill. Ho ile ha odaroa mechine e ’meli e mecha ea khatiso ea MAN Roland Lithoman, ’me mohaho o ekelitsoeng oo e neng e tla kenngoa ka ho oona o ne o tla be o qetiloe ka February 2004.
Mosebetsi o moholohali joalo o ne o tla phethoa joang ka likhoeli tse 14 feela? Barab’abo rōna ba ile ba itšetleha ka Jehova hore a tsamaise litaba le hore a susumetse batho hore ba itlhahise ka ho rata. Tšepo ena ha ea ka ea e-ba ea lefeela. Mosebetsi setšeng o ile oa qala ka February 2003, ’me mohaho oo o ekelitsoeng oa setsi sa khatiso o ne o se o qetiloe ka September. Mochine oa pele ho e meraro ea khatiso e Wallkill o ile oa qhaqholloa ’me ka December oa isoa mohahong o mocha o atolositsoeng. Mechine e mecha e ’meli e ile ea fihla ka April le ka May 2004 ’me ea qala ho sebetsa ka June le ka July. Ka September, mechine eo e mehlano kaofela e ne e se e sebetsa ka botlalo.
Nakong e fetileng, sebaka seo ho kopanngoang libuka ho sona se ne se nkile mekato e 11 mehahong e meraro e setsing sa mehaho se Adams Street, Brooklyn. Hona joale sebaka sohle seo ho kopanngoang libuka ho sona se mokatong o le mong Wallkill ’me se nkile sebaka se ka tlaase ho seo ka karolo ea 58 lekholong. Libuka tsa sekoahelo sa pampiri li ile tsa qala ho kopanngoa ka July 2004. Hamorao khoeling eo, libuka tsa pele tse sekoahelo se thata li ile tsa kopanngoa ka mochine oo o mocha, o bolelele ba limithara tse ka holimo ho 400 o bileng o nang le mechine e menyenyane e 33 e hokahantsoeng ka mabanta a tsamaisang libuka a 70. Likarolo tsa libuka li tšoaroa ka letsoho hanngoe feela, qalong ha li kena mochineng o kopanyang libuka. Kaha o kopanya libuka tse 120 ka motsotso, mochine o kopanyang libuka tse sekoahelo se thata o hloka basebetsi ba 25 feela—e leng ho fokolitseng basebetsi ka karolo ea 66 lekholong. Mochine oo kaofela o kopanyang libuka o ile oa qala ho sebetsa ka botlalo ka October 2004.
Ho tloha ka November 2004, Lefapha le lecha la Thomello le se le ntse le sebetsana le likōpo tsa liphutheho tsa lingoliloeng le sebelisa tsamaiso e ncha ea lik’homphieutha, e sieang sebaka se etsang karolo ea 45 lekholong ha e bapisoa le e neng e le Brooklyn. Lik’homphieutha li lekanyetsa boholo ba libuka tse romelloang ebe li khetha lebokose le loketseng. Lebanta le bolelele ba limithara tse 800 le tsamaisa odara ka ’ngoe ho e isa sebakeng se khethehileng moo thepa e lokisetsoang ho romeloa. Ho na le sebaka se lokisitsoeng moo likoloi li kenang teng e le hore liphutheho tsa sebakeng seo li nke liodara tsa tsona habonolo.
Re leboha ka tieo bara le barali babo rōna ba bangata ba thusitseng mosebetsing ona. Ba akarelletsa baithaopi ba Bethele le baithaopi ba nakoana, lihlopha tsa barab’abo rōna tse sebetsang tlas’a tataiso ea Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka tse linaheng tse hlano le barab’abo rōna bao ka seatla se bulehileng ba ileng ba fana ka lisebelisoa le thepa tse tsoang likhoebong tsa bona. Ho hlakile hore hape re leboha ‘bafani ba nyakaletseng’ ba bangata ba tšehelitseng ka lichelete.—2 Kor. 9:7, 11.
Liphetoho Brooklyn
Ho fallisetsa mesebetsi ea khatiso, ea ho kopanya libuka le ea thomello Wallkill, ho tlisitse liphetoho Bethele e Brooklyn. Ka la 29 April, 2004, ho ile ha etsahala ketsahalo ea bohlokoa e bileng e amang maikutlo. Mantsiboeeng ao, batho ba ne ba nyakaletse ebile ba lla, ha Max Larson, eo e bileng molebeli oa setsi sa khatiso ka lilemo tse fetang 60, a tima mochine oa ho qetela oa khatiso Brooklyn, a emisa mosebetsi oa khatiso o ’nileng oa tsoela pele ka lilemo tse 84 moo. Setsi sa ho kopanya libuka se ile sa koaloa libeke tse ’maloa hamorao.
Ha se hlokomela hore liphetoho tsena li ne li tla fokotsa boholo ba sebaka se hlokahalang Brooklyn haholo, ka June 2003 Sehlopha se Busang se ile sa tsebisa hore mohaho o 360 Furman Street o ka ’na oa rekisoa. Tumellano e ile ea phetheloa ka Labohlano la la 18 June, 2004. Lefapha la ho hlatsoetsa, liofisi le mafapha a mang a mosebetsi a neng a sebeletsa mohahong oo oa lisekoere-mithara tse 93 000 a ile a fallisetsoa sebakeng se se nang letho mohahong o 117 Adams Street.
Ho phaella moo hona joale mohaho o 107 Columbia Heights o ntse o nchafatsoa haholo. Ho lebeletsoe hore mohaho oa bolulo o be o phethiloe ho elella qetellong ea selemo sa 2005 ’me ho lebeletsoe hore mosebetsi oohle o be o phethiloe ka September 2006. Mohaho o nchafalitsoeng o tla nka litho tsa lelapa la Bethele tse fetang 300 ’me o be le sebaka sa ho jela, Holo ea ’Muso, laebrari, sebaka sa kamohelo ea baeti, liofisi, moo ho hlatsoetsoang liaparo teng le serapa se secha.
Ho Itokisetsa Keketseho Lefatšeng ka Bophara
Afrika Boroa, Brazil, Brithani, Japane le Mexico le tsona li fumane mechine e mecha ea khatiso ea MAN Roland Lithoman. Lekala la Brithani ke lona la pele le ileng la kenya mochine oo o mocha, o ileng oa fihla ka July 2003 ’me oa qala ho sebetsa ka October. Ka letsatsi o hatisa limakasine tse 750 000—ha ho sebetsoa lichifi tse peli o hatisa tse limilione tse 1,5 ka letsatsi—tse fetang tse neng li hatisoa ke mochine oa pele ka makhetlo a ka bang mararo.
Mechine ena e mecha e boetse e khona ho hatisa likarolo tsa Bibele le tsa lingoliloeng tse ling. Ka mohlala, lekala la Afrika Boroa le se le hatisitse likarolo tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Sesotho, e leng puo e ’ngoe ea Afrika Boroa. Lekala la Japane le tlaleha hore qalong le ne le nka letsatsi lohle ha le fetola khatiso ho tloha libukeng tse nyenyane ho ea ho tse khōlō. Hona joale le nka hora feela ho etsa joalo. Le hoja pele le ne le nka matsatsi a leshome ho hatisa lipampitšana tse milione, hona joale le nka lihora tse hlano feela. Likhoeling tsa oona tse qalang tse tharo, mochine oa khatiso oa Japane o ile oa hatisa lipampitšana tse limilione tse 12; limakasine le libukana tse limilione tse 12; libuka tse 240 000; le Libibele tse 48 000.
Mechine e meng e mecha ea othomathike ea seha, ea bala, e paka liqubu, e kenya liaterese e be e phuthele lingoliloeng. Lipoleiti tse hatisang li etsoa ka tsela e atlehileng le e nepahetseng ho feta pele ho sebelisoa mokhoa o tsoetseng pele oo ho thoeng o tlosa boitsebiso k’homphieutheng o bo isa poleiting. Tšebetso ena ha e hloke hore ho sebelisoe filimi ea litšoantšo, kahoo e tlosa mohato o mong oa tšebetso ka ho feletseng. Lekala la Brithani le tlaleha hore lintlafatso tsena tsohle ha lia eketsa tlhahiso ea lingoliloeng feela empa hape li fokolitse palo ea basebetsi ba hlokahalang.
Ho ea Koetlisong Jeremane
Lihlopha tse tsoang makaleng a tšeletseng li ile tsa ea k’hamphaning ea MAN Roland Jeremane ho ea koetlisetsoa ho sebelisa mochine oo oa khatiso. Ka lebaka la phihlelo ea bona ea ho koetlisa banna ba sebetsanang le mechine ea khatiso bao e seng Lipaki, barupeli ba ne ba lebeletse hore barab’abo rōna ba tla talima nako ea bona ea ho ba moo e le ea phomolo. Kahoo barupeli ba ile ba makala ba ba ba khahloa ke ho khothala ha barab’abo rōna. Ha e le hantle, Lipaki li ne li kōpa hore ho qaloe pele ho nako le hore ho sebetsoe le ka mor’a nako ea ho chaisa e le hore li rue molemo ka ho feletseng thupelong eo.
Puo e ne e le bothata ho ba bang ba neng ba tlile thupelong kaha thupelo e ne e fanoa ka Senyesemane esita le libuka tsa litaelo tsa ho sebelisa mochine oo le tsona li ne li ngotsoe ka Senyesemane. E le ho itokisetsa seo, moifo o tsoang Japane o ile oa sebetsa ka thata ho ntlafatsa tsebo ea oona ea Senyesemane pele o leba Jeremane. Ba bangata ba bile ba falla ka nakoana ba ea liphuthehong tse buang Senyesemane.
Basebeletsi ba Bethele ba Fana ka Bopaki bo Botle
Hamorao ha mechine ena ea khatiso e fihla makaleng, lienjiniere tse tsoang MAN li ile tsa e kopanya ha basebetsi ba Bethele ba ntse ba li thusa. Makaleng ao a tšeletseng kaofela, tikoloho e thabisang le e ntle ea Bethele e ile ea e-ba le liphello tse ntle ho basebetsi bao e seng Lipaki. Monna e mong ea neng a sebetsa London ha ho kenngoa mochine o ile a re ho barab’abo rōna: “Ha ke ea hae maobane ke fumane moahisani oa ka a le serapeng sa hae. Ha e le hantle ha ke hlile ha ke mo rate hakaalo, empa maobane ke buisane le eena ka metsotso e ka bang 20 ’me ka hlokomela hore e hlile ke motho ea molemo.” Eena monna eo oa setsebi o ile a phaella ka hore mosali oa hae o ne a hlokometse hore mekhoa ea hae e fetohile. Mosali oa hae o ile a re: “U bontša botsoalle, ua bososela ebile u lumelisa batho.”
O ile a araba: “Esale ke ntse ke sebetsa le Lipaki ka libeke tse tšeletseng. ’Me libekeng tse peli tse fetileng ha ke e-s’o rohakane le hanngoe feela. Ha e le hantle, ke tšepa hore nke ke ka hlola ke rohakana.”
Ha mosebetsi oa ho kenya mochine o phethiloe lekaleng la London, motsamaisi k’hamphaning ea MAN o ile a letsetsa lekaleng leo ho leboha barab’abo rōna ka tsela eo ka eona ba neng ba hlokometse basebetsi ba k’hamphani ea habo. O ile a re mosebetsi oa ho kenya mochine e bile o tsoileng matsoho.
Makala a mang a ile a lokisetsa hore ho be le kamore ea ho jela hona sebakeng seo basebetsi ba kenyang mochine o mocha ho sona. E ne e le ntho e ncha ho ba bangata, haholo-holo bao e seng Lipaki hore ba feptjoe lijo tsa motšehare ke basebetsi ba apereng ka makhethe. Setsebi se seng sa Japane se ne se e-s’o ka se bona setsi sa khatiso se hloekileng le se hlophisitsoeng hantle joaloka se lekaleng leo. Se ile sa re: “Ha ho na sebaka se seng lefatšeng seo motho a ka sebeletsang ho sona se setle ho feta sena.” Hape se ne se ananela botšepehi ba barab’abo rōna. Ke hona mona feela moo se neng se ka siea lithulusi tsa sona li sa lebeloa, se kholisehile hore li ne li ke ke tsa utsuoa. Kaha se ne se batla ho ithuta ho eketsehileng ka Lipaki Tsa Jehova, se ile sa amohela lingoliloeng tse ngata ’me sa potoloha lekaleng moo ho boha mohaho.
Barab’abo rōna ba Mexico ba ile ba mema banna ba litsebi ba MAN hore ba tle Sehopotsong. Ba bane ba ile ba lumela ho tla. Leha ho le joalo, ba ne ba se na liaparo tse loketseng. Kaha banna bao ba ne ba batla ho reka lisutu, mosebeletsi e mong oa Bethele o ile a ba isa mabenkeleng. Barab’abo rōna ba ile ba fa banna bao Libibele ’me ba ba thusa ho fumana mangolo nakong ea puo ea Sehopotso. Ka mor’a seboka seo, banna bao ba litsebi ba ile ba inka lifoto ’me ba bososela hona hoo ba bangata phuthehong eo ba neng ba nahana hore ke basebeletsi ba Bethele ba tsoang Jeremane.
Makaleng ana kaofela, bo-rakonteraka le ba fanang ka thepa le bona ba ile ba fumana bopaki bo botle. Rakonteraka e mong United States o ile a ngola a re: “Ke khahliloe haholo ke boleng ba mokhatlo oa lōna ’me haholo-holo ke khahliloe ke batho. Ha ke lumele hore nkile ka thabela mosebetsi oa kaho ho feta kamoo ke thabetseng ona oa lōna kateng. Mokhatlo oa lōna o mpha tšepo ka bokamoso ba moloko oa batho. Haeba cheseho le ho tsotella li ne li ka kenngoa ka botlolong ’me tsa rekisoa, ka sebele sehlopha sa lōna se ne se tla ba le sehlahisoa seo e mong le e mong a batlang ho se reka.”
Monna ea neng a kenya liphaephe tsa mochine o mocha oa khatiso Mexico o ne a maketse ha a bona kamoo ho khutsitseng kateng lekaleng moo. O ile a botsa lipotso tse ngata ’me hona joale eena le lelapa la hae ba ithuta Bibele ebile ba tsoela pele hantle. Foromane ea basebetsi ba konteraka sebakeng seo e ile ea kōpa ntho e sa tloaelehang. E ile ea re: “Ka tloaelo batho ba re fa mpho ea chelete ho bontša hore ba ananela mosebetsi oa rōna. Na ho fapana le seo, le ka fa e mong le e mong oa rōna Bibele? Ho ea ka seo ke se boneng mona, ke lumela hore tsebo ea Bibele ke ea bohlokoa ho feta chelete.”
Lekala la India Lea Neheloa
Lekala la India lea ngola: “Letsatsi leo esaleng le emetsoe qetellong le ile la fihla ka la 7 December, 2003. E ne e le letsatsi la ho neheloa ha lekala la rōna le sa tsoa hahoa Bangalore, karolong e bohareng ka boroa ho India.”
Kaha o sebakeng se boholo ba lihekthere tse 17, mohaho ona oa lisekoere-mithara tse 30 000 o tšoana le torotsoana. Lena ke lekala la pele le leholo lefatšeng le hahiloeng ke feme ea khoebo, ’me le na le moo ho hloekisoang metsi a nooang, moo ho hloekisoang metsi a litšila, le moo ho fehloang motlakase. Mohaho ona o na le liofisi tse 122, ho kopanyelletsa le tse 80 tsa bafetoleli; Holo ea ’Muso e ntle; le setsi se seholo sa khatiso. Ho na le mehaho ea bolulo e nang le likamore tse ntle, moo ho hlatsoetsoang liaparo teng, kamore ea ho jela le kichine e nang le thepa e hlokahalang. Mosebetsi oo kaofela, oo boholo ba oona o entsoeng ka thepa ea sebakeng seo, o ile oa phethoa ka lilemo tse peli.
Mosebetsi oa ’Muso India o qalile ka 1905. Hona joale mosebetsi oa phetolelo le khatiso o etsoa ka lipuo tse 26 tsa India. Moketeng oa nehelo, baromuoa ba neng ba sebelelitse India ka lilemo tse mashome ba ile ba pheta liphihlelo tse khothatsang ’me Stephen Lett oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo. Ba 2 933 ba neng ba le teng ba ne ba kopanyelletsa baeti ba 150 ba tsoang linaheng tse 25.
Lekala la Philippines Lea Neheloa
“Re batla hore mosebetsi oa rōna e be o tsoileng matsoho joaloka oa Watch Tower!” Ke kamoo lihahi tse ling tsa Manila tseo e seng Lipaki li ileng tsa bua kateng ha li bona mosebetsi o tsoileng matsoho o entsoeng lekaleng la Philippines. Ha e le hantle, ha basebetsi ba thelevishene ba ne ba batla ho hasa taba e buang ka melao ea kaho ba ile ba etela moenjiniere oa motse oo, eaba o re ho bona: “Haeba le batla ho bona sebaka se latelang melao ea kaho ka ho feletseng, e-eang ha Watch Tower.”
Barab’abo rōna ba ile ba haha mohaho o mocha oa bolulo o mekato e leshome le mehaho e meng e tlatsetsang ’me ba nchafatsa mohaho oa bolulo o mekato e leshome o seng o ntse o le teng o hahiloeng ka 1991. Ke hobane’ng ha katoloso eo e ne e hlokahala? Ho tloha ka 1991 ho fihlela ka 2003, palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ka ba 34 000, e leng ho ileng ha fella ka hore ho be le tlhōrō e ncha ea baboleli ba ’Muso ba ka holimonyana ho 144 000!
Mokete oa nehelo o ile oa tšoaroa ka la 1 November, 2003. Ba ileng ba e-ba teng hoseng hoo ho futhumetseng ha Moqebelo e ne e le lelapa la Bethele, bao e kileng ea e-ba baromuoa le baeti ba bang ba tsoang linaheng tse 13 tse mose ho maoatle le bara le barali babo rōna ba fetang 2 000 ba tsoang Philippines, ka kakaretso e le batho ba 2 540. Stephen Lett o ile a tšohla sehlooho se reng, “Ho Ananela Matlo a Jehova a Borapeli Nakong e Fetileng le Kajeno.” Letsatsing le latelang, letšoele la bo-pula-maliboho ba sebakeng seo hammoho le baholo le basali ba bona, bao ka kakaretso e neng e le batho ba 8 151, ba ile ba thabela lenaneo le khethehileng Holong ea Kopano ea Metro Manila.
Lefatšeng ka bophara, ka kakaretso basebeletsi ba khethiloeng ba 20 092 ba sebeletsa mehahong e joalo ea lekala. Kaofela ha bona ke litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng e Khethehileng ba Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 21, 22]
O Koeteloa Har’a Mp’a Motšehare
Har’a mp’a motšehare ka Labohlano, la la 19 March 2004, Carl, eo e leng Paki e lilemo li 20, o ne a ntse a tsamaea seterateng se phetheselang Pétionville, Haiti. Ka tšohanyetso, banna ba hlometseng ba apereng liaparo tse ntšo ba ile ba mo qobella ho kena ka veneng, ba mo khurumetsa hlooho ka katiba, eaba ba tloha ka lebelo le leholo. Carl o re:
Ha re qeta ho theoha veneng, ke ile ka isoa ka kamoreng e ’ngoe moo liphofu tse ling li neng li le hona teng, kamoo ho bonahalang kateng e ne e le liithuti tsa univesithi tse neng li qosoa ka ho kenella mekolokong ea boipelaetso ea lipolotiki. Ha ba ntse ba tlala khalefo le ho feta, batho ba re tšoereng ba ile ba thunya ka makhetlo a mangata, ’me ba bolaea motšoaruoa e mong. Ke ile ka utloa hlooho ea hae e nthetsa maotong. Joale ba qala ho ntlhoma lipotso le ho ntšosa. Ba ferekane, ba ile ba nkotla ’me ba ntahlela holim’a monna eo ea shoeleng.
Moeta-pele oa bona o ile a ntaela: “Araba lipotso tsa rōna!”
Ke ile ka araba ka re: “Empa ha ke tsebe letho ka lipolotiki.”
O ile a hoeletsa a re: “Joale ke tl’o u bolaea!”
Ke ile ka mo kōpa ka re: “Pele u etsa joalo, ke kōpa ho rapela Molimo oa ka, Jehova, ke kōpe hore a thuse batsoali ba ka le banab’eso, kaha ba ke ke ba hlola ba mpona.”
O ile a re: “Potlaka! Ke tatile.”
Ha ke ntse ke rapela ka lentsoe le phahameng, monna eo o ile a tsoa ka kamoreng. Ha a khutla, ke ile ka ipolella ka re, ‘Carl, joale ho felile ka uena. Itokisetse ho shoa.’ Empa ke ile ka makala haholo.
Monna eo o ile a botsa a re: “Ke uena Carl Mang-mang?”
“E,” ke ile ka arabela, ke ipotsa hore na o ntsebeletse kae.
O ile a tsoela pele ho hlalosa hore ke ne ke mo file lefti ka makhetlo a ’maloa koloing ea ka, le hore kaha joale oa tseba hore na ke mang, o ne a ke ke a ntematsa. Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a ntsebile ka lintho tseo ke li buileng ha ke ntse ke rapela, esita le hoja ke ne ke khurumelitsoe hlooho. O ile a boela a tsoela ka ntle ’me a buisana le metsoalle ea hae ka thata. Qetellong, motho e mong o ile a nkenya ka veneng, a e khanna, eaba o ntšutumelletsa fatše tseleng. E bile phihlelo e tšosang e ileng ea matlafatsa tumelo ea ka ho Jehova haholo le matleng a thapelo.
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]
TSE LING TSA LIKETSAHALO TSA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2004
La 1 September, 2003
September: Selemong sa tšebeletso sa 2004, ho ile ha tšoaroa Sekolo sa Balebeli ba Tsamaeang makaleng a 88.
October: Lekala la Brithani le qala ho hatisa ka mochine oa MAN Roland Lithoman.
La 28 October: Romania, lekhotla le etsa qeto ea ho kenyelletsa Lipaki Tsa Jehova lethathamong la melao e tsamaisang lekhetho e etselitsoeng malumeli a tsebahalang.
La 1 November: Lekala la Philippines lea neheloa.
La 28 November: Lekala la Toka la Georgia le ngolisa ofisi ea lekala ea sebakeng seo ea Lipaki Tsa Jehova.
La 7 December: Lekala la India lea neheloa.
La 1 January, 2004
La 26 March: Lekhotla la Golovinsky le etsa qeto ea ho thibela Lipaki Tsa Jehova Moscow. Ho etsoa boipiletso ka nyeoe eo.
April: Russia e ba le tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 15 489.
La 29 April: Setsi sa khatiso sa Brooklyn sea koaloa ka mor’a hore se tsoele pele ho hatisa ka lilemo tse 84. Setsi se secha sa khatiso se Wallkill.
La 1 May, 2004
May: Har’a meferefere ea lipolotiki, ho ba le likhohola tse matla Haiti. Ha ho barab’abo rōna ba shoang.
La 16 June: Lekhotla la Motse oa Moscow le tšehetsa qeto ea la 26 March. Thibelo ea molao le bohato ba ho felisa mosebetsi oa rōna li qala ho sebetsa. Ho etsoa boipiletso Lekhotleng la Europe la Litokelo tsa Botho.
La 31 August, 2004
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho lokolloa “Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste” ka Segeorgia
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Barab’abo rōna ba sebelisa o mong oa mechine ea khatiso e ’meli e mecha ea MAN, Wallkill, New York, U.S.A.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lekala le sa tsoa neheloa Bangalore, India
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Lekala le atolositsoeng la Philippines