Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
JEHOVA o ile a bolela esale pele hore “karolong e qetellang ea matsatsi,” batho ba ne ba tla phallela thabeng ea hae ea tšoantšetso ho ea rutoa ke eena. (Mik. 4:1, 2) Boprofeta bona bo tsoetse pele ho phethahala selemong se fetileng, ha ba bang ba bangata ba eketsehileng ba latela se temaneng ea selemo ea 2003 ha e re, “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jak. 4:8) Ntho ea bohlokoa e ileng ea thusa ba bangata ho hlaolela kamano e haufi le Jehova e bile letoto la Likopano Tsa Setereke le Tsa Machaba Tsa “Tlotlisang Molimo.”
Likopano Tsa “Tlotlisang Molimo”
Sebui se seng likopanong tse boletsoeng ka holimo se ile sa re: “Kaha lintho tse sa pheleng tseo Jehova a li bōpileng li khona ho mo rorisa, rōna ba khonang ho nahana le ho bua re lokela ho tlotlisa ’Mōpi oa rōna e Moholo hakaakang!” Sa ntan’o qotsa Tšenolo 4:11, e reng: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”
Likopano tsa “Tlotlisang Molimo” li ile tsa fana ka monyetla o ikhethang oa ho rorisa Jehova, kaha ho bile le likopano tse 32 tsa machaba. Tsona li ne li tšoaretsoe Afrika Boroa, Australia, Canada, Chile, Denmark, Ghana, Hawaii, Hungary, Japane, Mexico, Spain, Switzerland, Ukraine le United States. Baromuoa le ba bang ba sebeletsang linaheng tse ling ba ile ba khona ho khutlela linaheng tsa habo bona, moo ho ileng ha buisanoa le bona ka mosebetsi oa ’Muso oo ba o etsang libakeng tse hōle. Baemeli ba likete ba tsoang linaheng tse ling le bona ba ne ba le teng likopanong tsena.
Ho ileng ha thabisa baemeli ba machaba ka ho khetheha e bile ha ba etela makala a linaha tseo likopano li neng li tšoaretsoe ho tsona. Lekala la United States le bile le monyetla oa ho amohela baemeli ba fetang 6 750 ba tsoang linaheng tse 36, la ba lokisetsa lipoleiti tse ka bang 15 000 tsa lijo! Ka mor’a lijo tse ling tsa motšehare, bara le barali babo rōna ba tsoang Afrika Boroa ba tletseng bese ba ile ba binela lelapa la Bethele ka mantsoe a mane a tsamaisanang le linoto ba bina ka lipuo tse tšeletseng: Seafrikanse, Senyesemane, Sepedi, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Ba ile ba tsanyaola hamonate hoo bamameli ba bangata ba ileng ba ntša likhapha.
Sehlopheng se seng sa baeti, moemeli e mong eo karete ea hae e neng e bontša hore o tsoa karolong e hōle ea lefatše o ile a re: “Ke qala ho qeta nako eohle e kana le bara le barali beso ba moea. Nke ke ka e lebala. Ke tlhase ea se tla etsahala tsamaisong e ncha.” Mor’abo rōna e mong ea tsoang Brithani ea ileng a tlohela ’nete a le lilemo li 17 ’me a sa tsoa khutla lilemong tsa morao tjena o ile a angoa maikutlo ke setšoantšo sa mora ea lehlasoa. Hamorao, ha a ntse a le lijong tsa motšehare le lelapa la Bethele la Brooklyn, o ile a nahana ka mohau oa Jehova, ’me a sekisa meokho. Mor’abo rōna e mong ea tsoang Spain o boletse hore mosali oa hae o ne a e-s’o ka a mo bona a lla lilemong tse 29 tseo ba nyalaneng ka tsona. Empa o ile a lla ha Lipaki tse ngata tse thabileng li amohela sehlopha seo a tsamaeang le sona boema-fofane ba machaba ba Houston, Texas.
Ho batla ho le thata ho fumanela likopano tse khōlō libaka tse loketseng ka tefiso e ntle. Leha ho le joalo, lebitso le letle leo Lipaki Tsa Jehova li ikahetseng lona nakong e fetileng le atisa ho li tsoela molemo. Sena se bontšoa ke seo lekala le leng le se tlalehileng: “Ka mor’a ho nyolosa re theosa re batla sebaka, re ile ra fumana se le seng se neng se ka lokela ho lula batho ba ka bang 50 000 ba neng ba lebeletsoe ho ba teng kopanong eo. Empa ka mor’a ho buisana le baokameli ba lebala leo la lipapali, barab’abo rōna ba ile ba fumana hore tefiso e tla ba holimo haholo. Matsatsi a se makae ka mor’a hore baemeli ba lekala ba etse lipatlisiso, baokameli bao ba ile ba ikopanya le lekala ’me ba kōpa hore ba buisane hape. Hamorao, e mong oa baokameli ba baholo o ile a re: ‘Qalong, re ne re sa utloisise hantle seo le se kōpang. Empa eitse hoba re utloisise seo likopano tsa lōna li leng sona le bokhoni ba lōna ba ho hlophisa litšebeletso tsa motheo, re ile ra thabela seo haholo. Re khahliloe ke tsela e hlophisehileng eo le etsang lintho ka eona, le rala lintho ka tsela e qaqileng le ho sebetsa ka botsebi.’” Phello e bile hore Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fuoa lebala leo la lipapali ka tefiso e ntle e le hore li tšoarele kopano ho lona.
Lingoliloeng Tse Lokolotsoeng Kopanong
Na u seithuti se hloahloa sa Lentsoe la Molimo? Haeba ho joalo ha ho pelaelo hore u ile ua thabela ho amohela bukana e maqephe a 36, e nang le mebala e feletseng e reng “Bona Naha e Ntle.” Lifoto, limmapa, litšoantšo tse entsoeng ka k’homphieutha le lintho tse ling tse ngata tse ka har’a eona li lokela ho entša thuto ea hao ea botho. Kahoo tiisa hore u boloka bukana ea “Bona Naha e Ntle” le Bibele ea hao le likhatiso tse ling tsa ho ithuta tseo u li sebelisang kamehla. U hopole ho nka bukana ena ea hao ha u ea libokeng tsa phutheho ha ho e-na le lipuo le lipuisano tse tšohlang linaha tsa Bibele.
Puong e reng “Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa,” sebui se ile sa lokolla buka e maqephe a 256 e reng Ithute ho Mosuoe e Moholo e nang le litšoantšo tse ntle. Batsoali ba ananelang ka ho teba lefa lena leo ba le filoeng ke Molimo ba tla thabela ho ithuta buka ena e ncha e ntle le bana ba bona. Buka eo e re “bana ba hloka tataiso ea boitšoaro le melao-motheo eo ba tla phela ka eona. ’Me ba e hloka ho tloha ha ba sa le lilemong tse tlaase. Ho ka etsahala lintho tse utloisang bohloko ’me ha e le hantle lia etsahala ha bana ba sa thusoe ho fihlela ba se ba hōlile.”
Ithute ho Mosuoe e Moholo e na le litšoantšo tse fetang 230—li batla li kopola habeli tse ka bukeng ea Lipale tsa Bibele. Setšoantšo ka seng le sehlopha sa litšoantšo se na le mantsoe a tsamaisanang le sona, hangata a hlaha e le potso. Karabo e ka fumanoa hona leqepheng leo e hlahang ho lona. Lipotso tsena le tse ling tse ngata tse hlahang hohle bukeng ena li ka thusa ho qalisa moqoqo, tsa fa bana monyetla oa hore ba itlhalose ho tsoa pelong. Ka mohlala, mantsoe a tsamaisanang le setšoantšo se leqepheng la 101 a re: “Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hopola ho leboha?” Batsoali, tiisang hore le bala selelekela se reng, “Seo Bana ba se Hlokang ho Batsoali.” Haeba le sebelisa litlhahiso tse boletsoeng moo, lelapa la lōna le tla rua molemo o moholo bukeng ena e ntle ea ho ithuta.
Lithōlō li Ananela Video
Ka selemo sa 1915, United States, moholo e mong ea etelang libaka, ea bitsoang John A. Gillespie o ile a binela lithōlō tse seng kae tse neng li le kopanong ea Liithuti Tsa Machaba Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng, a sebelisa puo ea matsoho. Hona joale ho na le liphutheho le lihlopha tse fetang 1 200 tsa bahoeletsi le batho ba thabelang ba lithōlō lefatšeng ho pota. Batho baa ba feptjoa joang moeeng?
Hona joale, lithuso tsa ho ithuta Bibele li fumaneha ka lipuo tse 18 tsa matsoho, ’me lenane la tsona le ntse le eketseha. Ba sebelisang Puo ea Matsoho ea Amerika (ASL) ba ile ba fumana mpho e khethehileng ka September 2002. Ho tloha khoeling eo, lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa li ile tsa fumaneha videong li tsoa khoeli le khoeli. Tokisetso ena e thusa lithōlō ka litsela tseo ba bang ba ka ’nang ba li nka habobebe feela.
Nahana: Lipaki tse ngata tseo e seng lithōlō li khona ho qotsa litemana tse sa tšoaneng ka hlooho. Sena se etsoa ke hobane li utloa mantsoe a le mang kapa lia a bala nako le nako. Leha ho le joalo, hase kamehla bahoeletsi ba lithōlō ba fumanang mantsoe a tšoanang. Hobane’ng? Hobane ha ho na Bibele ka ASL, ’me hase kamehla ba fanang ka lipuo libokeng tsa phutheho ba sebelisang mantsoe a tšoanang ha ba toloka litemana tsa Mangolo. Empa sena se ile sa fetoha ha ho qaloa ho sebelisa likhatiso tsa ASL li le videong. Kaha hona joale lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa le tsona lia fumaneha videong, lithōlō li khona ho fumana mantsoe a tšoanang ha ho fetoleloa litemana tsa Bibele.
Ho feta moo, ha ho sa hlokahala hore liphutheho le lihlopha tsa ASL li abele batoloki ho bala Thutong ea Molula-Qhooa. Liphuthehong tsa ba utloang, ea abetsoeng ho bala a ka ’na a qeta hora kapa ho isa moo a lokisetsa Molula-Qhooa e le hore a khone ho bala hantle. Empa phuthehong ea bahoeletsi ba lithōlō, ba abetsoeng ho bala sehlooho se itseng ka puo ea matsoho ba ne ba atisa ho qeta lihora tse ngata ba lokisetsa. Hona joale nako eo ea bohlokoa e ka qetoa mesebetsing e meng ea moea. Bara le barali babo rōna ba ikutloa joang ka tokisetso ee e ncha?
Sehlopha sa bahoeletsi ba lithōlō Rhode Island, U.S.A., se ile sa ngola: “Re ile ra thaba haholo ha ho phatlalatsoa hore Molula-Qhooa o tla fumaneha videong. Ha e le hantle, ba bang ba bahoeletsi ba rōna ba ile ba itšela ka likhapha.” Mokhanni e mong oa Thuto ea Molula-Qhooa Florida o re hona joale ba bangata ba emisa matsoho e le hore ba fane ka tlhaloso hoo a “thabelang ho bona matsoho a mangata joalo ao a lokelang ho khetha ho ’ona!” O phaella ka ho re “ho totobetse hore litlhaloso le tsona li ntlafetse.” Moholo e mong o ile a ngola: “Liphello e bile tse hlollang! Esita le ho utloisisoa ha likhopolo tse tebileng e bile ho babatsehang.” E, ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova e enneng, letšoele le ntseng le eketseha la lithōlō le thabela tokelo ea ho tseba Molimo le ea ho mo tlotlisa.—Bar. 10:10.
Ho Thusoa Bafetoleli
Hona joale lijo tsa moea tse hlophisitsoeng ke sehlopha sa motsamaisi ea tšepahalang li fumaneha bonyane ka lipuo tse 390. (Luka 12:42) Ka hona, mosebetsi oa ho fetolela ke karolo e khōlō ea mosebetsi o bileng o lulang o eketseha o etsoang ke mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng.
Ho fetolela ka nepo hase feela taba ea ho sebelisa lentsoe le itseng la puo e ’ngoe sebakeng sa le tlang le ngotsoe. Ho e-na le hoo, ke taba ea ho fetisa likhopolo tse nepahetseng. Ka hona, ho hlakile hore bafetoleli ba lokela ho utloisisa ka ho feletseng taba e ngotsoeng pele ba qala ho e fetolela. Ka linako tse ling, sena e ba bothata.
Kahoo, Sehlopha se Busang se ile sa laela hore ho khethoe barab’abo rōna ba tšoanelehang hore ba koetlisetsoe ho ba barupeli lenaneong la Thupelo ea Kutloisiso e Ntlafetseng ea Senyesemane. Ka mor’a ho qeta thupelo ena, e neng e tšoaretsoe Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, barab’abo rōna ba ile ba etela lihlopha tsa bafetoleli lefatšeng ka bophara selemong sa tšebeletso sa 2002 le 2003. Ba ne ba qeta likhoeli tse ka bang tharo le sehlopha ka seng, ba se ruta le ho se tataisa, ba se thusa ka mosebetsi. Ka lebaka la thuso ea lenaneo lena, hona joale bafetoleli ba ikutloa ba batla ba hlomeletsoe hore ba utloisise ka ho feletseng se boleloang ke taba e ngotsoeng ka Senyesemane.
Sehlopha se seng sa bafetoleli se ile sa re: “Ka mosa oa hae, Jehova o bone ho loketse hore a re thuse ka ho re hlomella hamolemo ho phetha kabelo ea rōna. Hona joale re batla re ikutloa re tiile mooko. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, re tšepa hore re tla khola litholoana tse molemo.” Molebeli oa sehlopha se seng sa bafetoleli o ile a re: “Nakong e fetileng, ba bangata ba rōna re ne re qeta lihora tse ngata re sokolisoa ke lipolelo tse thata tsa Senyesemane. Sena se ne se khina mosebetsi oa rōna. Kahoo Thupelo ea Kutloisiso e Ntlafetseng ea Senyesemane e re thusitse haholo. E re bontšitse tsela ea ho sekaseka se ngotsoeng ka Senyesemane, ’me e re rutile tsela e molemo ea ho sebetsana le boitsebiso bo thata. Ka hona, ha re sa tsieleha hakaalo hona joale ’me re batla re khona ho fetolela ka nepo le hona kapele.”
Sehlopha se seng se ile sa ngola: “Thupelo ena e bile e atlehileng ho feta thupelo leha e le efe ea sekolo e tšoanang le eona kaha e ne e reretsoe litlhoko tsa rōna ka ho khetheha. Re lumela hore tokisetso ena e tla thusa bafetoleli lefatšeng lohle, e nolofalletse ba kang linku ho ‘utloisisa’ ’nete.”—Mat. 13:23.
Hona joale, bafetoleli ba ka bang 1 660 ba fetolelang lipuo tse fetang 150 ba ruile molemo thupelong ena. Ho feta moo, lenaneo lena le ne le reretsoe ho thusa ba fetolelang puo ea matsoho le ba fetolelang Sepanishe ka lipuo tse buuoang Amerika Bohareng le Boroa.
Ho Hlomelloa ho ba Mesuoe e Molemo
Jehova le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši—“Lentsoe”—ba nka puisano e le ea bohlokoa haholo. (Joh. 1:1, 14; 3:16; Tšen. 19:13) Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se bonahatsa boikutlo bo tšoanang ka ho tsoela pele se sebetsa ka thata ho thusa batho ba Molimo ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho bolela le ea ho ruta. Mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o lokiselitse buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka sepheo seo. Ho tloha ha buka ena ea sekolo e qala ho sebelisoa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka January 2003, bahoeletsi ba bangata ba boletse hore baa e ananela.
Moholo e mong Philippines o ile a ngola a re: “Ha ho na mokhatlo o mong oa bolumeli o tsotellang ho thusa litho tsa oona joaloka ona, ba bacha le ba baholo, ho buisana ka tsela e atlehang.” Moholo e mong Brazil o ile a re: “Ke nka hore January 2003 e bile nako ea bohlokoa historing ea thuto ea Lipaki Tsa Jehova.” Moholo e mong o ile a re: “Ke hlokometse hore bacha ka phuthehong ba bonahala ba thahasella ho ba le seabo ka ho eketsehileng sekolong. Ba bang ba balile buka ena eohle le ho qeta se lintlheng tsa boitlhakiso—sena sohle e le pele boitsebiso bona bo hlahlojoa sekolong!” Molebeli e mong ea tsamaeang o tloaetse ho sebelisa buka ena ea Sekolo sa Tšebeletso ha a etsa maeto a bolisa. Oa ngola: “Likhaolo tse kang ‘Ikitlaelletse ho Bala,’ ‘Ho Ithuta Hoa Putsa’ le ‘Tseba Mokhoa oo U Tšoanetseng ho Araba ka Oona’ li thusa haholo ha motho a lokisetsa liboka le tšebeletso.”
Morali’abo rōna e mong Brithani o re ho “kenyelletsoa ha lintlha tsa boitlhakiso ke tsela e ’ngoe e babatsehang ea ho ruta. Haeba re batla ho ntšetsa pele tsebo e rutoang sekolong, re lokela ho sebelisa lintlha tsena bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Lintlha tsa boitlhakiso li re nolofalletsa ho etsa sena.” Ho tsoa Japane, mor’abo rōna e mong ea lehoelea oa ngola: “Nako le nako ha ke abetsoe ho bala, ke loantša ho tšoha hobane ke sa tsebe hore na ke tla bala hantle ha ke le sethaleng kapa che. Kea hlokomela hore ho se itšepe ha ka ke hona ho mpefatsang boemo. Kahoo puong eo ke sa tsoa abeloa ho e fana, ke ile ka ngola fatše lintlha tse bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso tse tlas’a sehloohoana se reng ‘Kamoo U ka Buang ka Mokhoa o Hlakileng’ (leqepheng la 87 le la 88) le tse lebokoseng le reng ‘Ho Sebetsana ka Katleho le ho Hoeleketsa’ (leqepheng la 95). Ke ’nete hore ha kea lebella ho hlōla bothata ba ho ba lehoelea ka ho panya ha leihlo, empa ke ikemiselitse ho tsoela pele!”
Lekala la Kenya lea ngola: “Barab’abo rōna Burundi ba boletse hore ba ananela buka e ncha ea sekolo, eo hajoale e fumanehang ka puo ea Sekirundi. Naheng eo ho eona ba bangata ba sa kenang sekolo hakaalo, hona joale liithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo li khona ho utloisisa hamolemo lintlha tsa keletso. Ka lebaka leo, li fana ka lipuo ka cheseho haholoanyane.”
Buka ena e boetse e thusitse ba bang ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho ngola. Morali’abo rōna e mong ea seng a hōlile ea bileng a kulang oa Mexico o re: “Ke fumane litlhahiso tse ling bukeng ena ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 71 ho isa ho la 73, tse thusang motho ha a ngola mangolo. Ke paka ka tsela ena ka lebaka la ho kula. Ke ne ke qoba ho ngolla beng ka ’na. Empa hona joale ka tataiso e fanoeng ka bukeng ena e ncha, ke khona ho ba pakela hamolemo.” Molebeli e mong oa setereke Afrika Boroa o ile a re: “Ka sebele ena ke buka e ikhethang. Ha e bue feela ka sebōpeho sa puo empa e bua le ka litšobotsi tsa moea, e bontša kamoo lerato la Bokreste le ho ameha ka ba bang ho hlahisang litšobotsi tsena kateng.”
Se Etsahetseng Litabeng Tsa Molao
Ka la 17 June, 2002, Lekhotla le ka Holimo-limo United States le ile la liha kahlolo ea bohlokoa nyeoeng ea Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. Khahlanong le Motse oa Stratton. Qetong ea lona ea batho ba robeli khahlanong le a le mong, Lekhotla le phahameng ka ho fetisisa naheng eo le ile la bolela hore melao e hlokang hore ho fanoe ka tumello ea ho thaotha kapa ho qela chelete e khahlanong le molao oa motheo joalokaha e sebelisoa mosebetsing oa phatlalatsa oa Lipaki Tsa Jehova.
Ka mor’a tlhōlo ena, Lefapha la Tsa Molao lekaleng la United States le ile la ikopanya le bo-’masepala hohle naheng eo. Ka lebaka leo, mathata a neng a e-ba teng mosebetsing oa rōna oa boboleli a ile a rarolloa libakeng tse 238 tsa bo-’masepala tseo nakong e fetileng li neng li leka ho sebelisa molao o laolang ho thaotha kapa ho qela chelete ha ho tluoa tšebeletsong ea rōna ea phatlalatsa. Ho feta moo, ka lebaka la qeto e entsoeng nyeoeng ea Stratton, ha ho sa hlokahala hore bahoeletsi ba ’Muso libakeng tse ling tse 216 tsa bo-’masepala ba itlalehe sepoleseng kapa ho ba bang ba ikarabellang motseng pele ba kopanela tšebeletsong ea tšimo. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho batalatsa litšitiso leha e le life tse joalo.—Esa. 40:4; Mat. 24:14.
Barab’abo rōna ba ntse ba tšoaroa le ho koalloa lichankaneng Armenia ka lebaka la ho hana ho kena sesoleng e le ha ba hlompha letsoalo. Mochochisi e mong Yerevan, e leng motse-moholo, o entse boipiletso khahlanong le kahlolo e fuoeng barab’abo rōna ba ’maloa ka sepheo sa hore ba ahloleloe lilemo tse eketsehileng chankaneng. Baahloli ba amohetse boipiletso ba hae, ’me ba fane ka likahlolo tse tomanyana.
Ka February 2003 Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ile la phatlalatsa hore le amohela kōpo ea Lipaki Tsa Jehova tse peli tseo e neng e le baromuoa ea hore li mameloe ka Lekhotleng leo. Banyalani bao ba ne ba nka hore ho hataketsoe tokelo ea bona ea ho ba le bolokolohi ba bolumeli le ea ho se khetholloe ha ba lelekoa Bulgaria ka 1995. Lekhotla le ile la fumana hore tletlebo eo “e na le mabaka a utloahalang.”
Ka mor’a nakoana phutheho e ketekile Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena Asmara, Eritrea, mapolesa a ile a lika-liketsa sebaka seo seboka se tšoaretsoeng ho sona ’me a tšoara bohle ba 164 ba neng ba tlile—banna, basali le bana. Ba ile ba hlahleloa ’me ba hlongoa lipotso bosiu bohle. Ka le hlahlamang ba boholong ba ile ba lokolla bana le boholo ba baralib’abo rōna le batho ba thabelang. Ba bang ba ile ba isoa chankaneng e khōlō ka ho fetisisa Asmara, moo ba bang ba bona ba ileng ba qeta hoo e ka bang khoeli ba koaletsoe teng pele ba lokolloa. Ntle ho ketsahalo ena, barab’abo rōna ba leshome ba ntse ba le chankaneng ka lebaka la ho hana ho kenela sesole e le ha ba hlompha letsoalo. Ba bararo ba se ba qetile lilemo tse robong ba le chankaneng.
Barab’abo rōna Georgia ba ntse ba hlaseloa ka mabifi. Ba boholong moo le mapolesa a hlometseng ba ile ba kena lenaneo le ntse le tsoela pele ’me ba qhala likopano tsa setereke ka likhoka. Ba ile ba ea sethaleng ’me ba qhala bamameli. Ketsahalong e ’ngoe ba ile ba koala litsela tse haufi e le hore ba sitise barab’abo rōna ho ea kopanong. Mohlorisi ea ka sehloohong oa Lipaki Tsa Jehova o emetse nyeoe, empa ha aa tšoaroa. Nyeoe ea hae e chechiselitsoe morao bonyane ka makhetlo a 19. Ka linako tse ling batšehetsi ba hae ba ile ba inkela molao matsohong ka khotla, ba tjolietsa barab’abo rōna le ho ba hlasela. Lefapha la Tefiso ea Lekhetho le hlakotse nomoro ea lekhetho e neng e fuoe Lipaki, eo li e hlokang bakeng sa ho fumana lingoliloeng tse tsoang linaheng tse ling le bakeng sa mesebetsi e meng ea khoebo.
Ho na le litaba tse monate ho tsoa Kosovo le Romania. Ka la 20 May, 2003, bahoeletsi ba ’Muso ba 90 Kosovo ba ile ba amoheloa ka molao le ho ngolisoa hore ba na le litokelo. Ka ho tšoanang, ka la 22 May, 2003, Romania e ile ea ntša taelo ea letona e tiisang ka molao hore Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli. Temana ea 3 ea molao e re: “Bolumeli ba Bokreste ba ‘Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova’ bo na le litokelo tsohle tsa molao le boikarabelo bo jarisitsoeng malumeli a amoheloang ke ’Muso oa Romania.” Taelo eo e ile ea ntšoa ho latela qeto e entsoeng ke Lekhotla le ka Holimo-limo la Toka la Romania selemong sa 2000.
Russia nyeoe e lekang ho thibela Lipaki Tsa Jehova Moscow e ile ea chechisetsoa morao ka nako e sa lekanyetsoang ka la 22 May, 2003. Moahloli o ile a laela hore “litsebi” li hlahlobe bocha hore na lingoliloeng tse hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova li bile le tšusumetso efe likelellong tsa batho lilemong tse leshome tse fetileng, a sa behele patlisiso eo nako. Ho nepahala ha saense lipatlisisong tseo ke taba e belaetsang. Ho sa le joalo, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le se le qalile ho sebetsa kōpo ea barab’abo rōna. Kōpo eo e khahlanong le tsela eo Lipaki li ’nileng tsa hobosoa ka eona ka makhotleng Moscow le ho khetholloa lilemong tse supileng tse fetileng.
Qetong ea lona ea No. E-1516-2002 ea la 8 August, 2002, Lekhotla la Matona karolong e ka leboea ea Cyprase, le ile la tlosa thibelo e neng e thibela Lipaki Tsa Jehova ho kena karolong e ka leboea ea sehlekehleke seo. Bo-pula-maliboho ba ’nile ba lelekoa moo ho tloha ka 1997, ha ho ne ho etsoa thibelo. Barab’abo rōna ba ile ba khutlisetsoa Liholo tse peli Tsa ’Muso tse neng li hapuoe.
Uzbekistan, Marat Mudarisov o ile a fumanoa a le molato ka seo ho thoeng ke “ho hlohlelletsa lehloeo la bolumeli le ho hohela bana” ho ba isa tumelong ea hae. O ile a fuoa kahlolo e ileng ea fanyehoa. Bonneteng, sohle seo a neng a le “molato” oa sona e ne e le ho bolella baahelani ba hae litaba tse molemo le ho tšoara puisano ea Bibele beke le beke libokeng tsa phutheho. Ho sa tsoa etsoa boipiletso ka Lekhotleng le ka Holimo-limo la Uzbekistan, ’me kahlolo e leeme eo Mor’abo rōna Mudarisov a neng a e ahlotsoe e ile ea hlakoloa.
Ho Sebetsana le Liteko ka Katleho
Ha tsamaiso ena ea lintho e ntse e atamela bofelong ba eona, mabifi le ho se tsitse ha lipolotiki ho tota le ho feta, e leng ho atisang ho hlahisa mathata a maholo. Selemong se fetileng, ntoa ea lehae e ile ea tsoela pele ho soahlamanya Liberia le motse-moholo oa eona, Monrovia. Tlaleho ea litaba ea Reuters e re: “Ntoa e qetile beke e kupa seterateng ’me hohle motseng e le pherekano feela. Ka mor’a hore marabele a balehe ho ile ha bonahala eka ho ba le khutso, empa ka la 24 June ha boela ha qhoma tlhaselo e mabifi le ho feta e ileng ea baka tšenyo e khōlō thepeng le ho bolaea batho.” Ofisi ea lekala e ile ea hlalosa hore karolong e ’ngoe ea motse, barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho paqama fatše holim’a metsi ka Holong ea bona ea ’Muso kaha likulo le liqhomane li ne li ferella. Barab’abo rōna ba ile ba ngola: “Tšenyo e bile e tšabehang motseng. Re ne re utloa monko o bohloko oa litopo.” Batho ba bang ba bangata ba ile ba bolaoa ke k’holera.
Banna ba hlometseng ba ne ba lula ba ikhapela thepa malapeng le Liholong Tsa ’Muso le hona ba ho etsa ka tsela e hlophisitsoeng. Banyalani ba bang ba baromuoa ba tsoang Monrovia ba ile ba hlalosa hore kaha barab’abo rōna ba bangata ba ne ba tseba hore ntho leha e le efe ea bohlokoa e tla utsuoa, ba ile ba ipolella hore ba tla batla lintho tse hlokahalang feela. Malapa a ne a se a bile a sa batle libethe tse ling bakeng sa tse utsoitsoeng empa a ithoballa fatše mesemeng. Ba sa khoneng ho khutlela mahae e ne e e-ba baphaphathehi kapa ba balehela naheng ea boahelani.
Lekala lea ngola: “Batho ba phela ka ho ikhoantlella letsatsi ka leng. Empa ke ho khothatsang haholo ho bona hore barab’abo rōna ba chesehela ho ea libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ha maemo a ba lumella.” Baromuoa ba boletsoeng ka holimo ba re ha liphallelo li fihla, “har’a lintho tse ling tsa pele tseo barab’abo rōna ba li kōpang e ba lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, ’me maemong a mang, mokotla oa tšimo oo ba batlang ho o sebelisa sebakeng sa o lahlehileng.”
Mosebetsi oa Khatiso o Hlophisoa ka Libaka
Ka la 1 September, 2001, ho ile ha khethoa barab’abo rōna ba supileng ba tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše hore ba be Sehlopheng se Fuputsang Mosebetsi oa Khatiso. Sehlopha se Busang se ile sa kōpa bara bao babo rōna ho fuputsa makaleng ’ohle a etsang mosebetsi oa khatiso lefatšeng ho pota le ho fana ka litlhahiso tsa hore na libaka tse teng hona joale li ka sebelisoa ka botlalo haholoanyane joang. Ka la 17 October, 2001, Sehlopha se Busang se ipapisitse le litlhahiso tse entsoeng ke sehlopha se fuputsang se ile sa fana ka tumello ea hore mosebetsi oa khatiso o hlophisoe ka libaka, ’me sebaka ka seng se sebetsane le litlhoko tsa sona tsa mosebetsi oa khatiso. Libaka tseo ke Afrika, Amerika Boroa, Amerika Leboea, Asia le Europe.
Tokisetso ena e ncha e qalile ho sebetsa mathoasong a 2002. Liphello e bile tse khothatsang. Nahana ka ho hlahisoa ha libuka. Selemong sa 2000, lekala la United States le ne le hlahisa hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea libuka lefatšeng. Empa hona joale, tlas’a tokisetso ena ea ho hlophisa mosebetsi oa khatiso ka libaka, e hlahisa feela karolo ea 26 lekholong. Sena se fokolitse litšenyehelo tsa thomello, basebetsi, mechine le sebaka se hlokahalang sa khatiso United States ’me se entse hore libaka tse linaheng tse ling li sebelisoe hamolemonyana.
Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho rekoe mechine e mecha ea khatiso ea MAN Roland Lithoman, e le hore ho hlophisoe mosebetsi oa khatiso ka libaka. E tla nkela mechine ea khale e seng e sa sebetse hantle hakaalo sebaka, ’me e tla thusa ho hlokomela mosebetsi oa khatiso o tla hlokahala nakong e tlang. Mechine e mecha e mehlano ea khatiso, eo e meng ea eona e seng e kentsoe, ke ea lekala la Afrika Boroa, Brazil, Brithani, Japane le Mexico. E meng e ’meli ke bakeng sa ho hatisa Wallkill, New York, moo e reretsoeng ho kenngoa ka April le May 2004. Mochine ka mong o bolelele ba limithara tse 40, o tla hlahisa limakasine kapa likarolo tsa buka tse lekanang le makasine tse 90 000 ka hora (tse 25 ka motsotsoana), ’me o tla khona ho hatisa ka mebala e feletseng maqepheng ’ohle.
Liphetoho Tse Eketsehileng Brooklyn le Wallkill
Ntle ho mechine e mecha ea khatiso, Wallkill e tla fumana mochine o mong o mocha o kopanyang libuka o khonang ho hlahisa libuka tse sekoahelo se thata le Libibele tsa deluxe tse 120 ka motsotso. Lefapha la Thomello, le tla tlosoa Brooklyn le isoe Wallkill, le tla rua molemo ka hore le tla boloka thepa sebakeng se marulelo a phahameng e leng ho tla etsa hore sebaka seo lingoliloeng li tla bolokoa ho sona se be ka tlaasana ho halofo ea se neng se sebelisoa Brooklyn.
Mehaho ea Brooklyn e tla sebelisetsoa merero e meng. Ho feta moo, ka June 2003 Sehlopha se Busang se ile sa phatlalatsa hore ho ka ’na ha rekisoa mohaho oa lisekoere-mithara tse 95 000, o 360 Furman Street, o neng o sebelisoa ke lefapha la Thomello le mafapha a mang. Mafapha a mang a mohahong oo a se a isitsoe likarolong tse ling tsa mohaho oa Brooklyn kapa a haufi le ho isoa teng.
Kaho ea Liholo Tsa ’Muso
Selemong sa tšebeletso sa 2003, ho qetiloe Liholo Tsa ’Muso tse 2 340 lefatšeng ho pota. Sena se bolela hore ka karolelano ke liholo tse 195 ka khoeli, kapa tse ka holimonyana ho tse 6 ka letsatsi! Ho tloha ka November 1999 ha ho qalisoa lenaneo la kaho linaheng tse kollang ntsi hanong, ho se ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse 7 730. Libakeng tse ngata, hang ha holo e qetoa, lenane la ba bang teng libokeng lea eketseha ’me ka mor’a nakoana holo e tlala tsoete!
Ha lenaneo lena le qala Afrika, ho ne ho e-na le libaka tse 550 tse loketseng tsa borapeli linaheng tse 38 k’honthinenteng ena. Hoo e ka bang lilemo tse ’nè hamorao, linaha tseo tse 38 li ne li e-na le Liholo Tsa ’Muso tse fetang 5 060—e leng karolelano ea holo e le ’ngoe bakeng sa liphutheho tse ling le tse ling tse tharo ho isa ho tse ’nè. Lekala la Malawi ha le tlaleha kamoo ho hahoa ha Liholo Tsa ’Muso ho amang batho kateng, le ile la qotsa dikishinari e ncha e hatisitsoeng ke Christian Literature Association of Malawi. Lekala le re: “Dikishinari eo e hlalosa Lipaki Tsa Jehova ebile e fetolela lebitso la rōna ka nepo ka Sechichewa. Joale e le ho bontša kamoo motho a ka ’nang a sebelisa lebitso leo kateng polelong, dikishinari eo e eketsa ka ho re: ‘Lipaki Tsa Jehova li hahile likereke tse ngata.’”
Ofisi ea lekala naheng e ’ngoe ea Afrika e ile ea ngola: “Ha barab’abo rōna ba e-ea ofising ea ofisiri e ’ngoe ea ’muso ho ea kenya kōpo ea rōna ea ho haha Holo ea ’Muso, monna eo o ile a tabola lipampiri tsa rōna hona hoo a ba a li lahla. Ha sena se etsahala ka lekhetlo la boraro, barab’abo rōna ba ile ba siea taba matsohong a Jehova. Nakoana ka mor’a moo, ba boholong ba ile ba tšepela e mong oa bara bao babo rōna, ea tsebahalang ka hore oa tšepahala, mosebetsi oa ho fa liofisiri tsa ’muso chelete e itseng ea kalimo.
“E mong oa ba neng ba kōpa kalimo e ne e le eona ofisiri ela e ileng ea tabola lipampiri tsa rōna. Ha a bona mor’abo rōna, o ile a tsoa a betseha ka ofising eo, a khutla ka mor’a beke a tšepile hore o tla fumana ofisiri e ’ngoe ea likalimo. Empa lekhetlong lena mor’abo rōna o ile a ea ho eena, a kōpa foromo ea hae, ’me a mo lumella hore a fumane kalimo. Ofisiri eo ke ho soaba, ea kōpa barab’abo rōna hore ba tlise lipampiri tse ling tsa kōpo. E ile ea li isa ka seqo ho ea e okametseng hore a li amohele ’me ea fumana lengolo la setša bakeng sa Holo ea ’Muso. Ka tlhompho eo e seng e hlompha Lipaki ka eona, e ile ea re: ‘Ha li busetse bobe ka bobe.’”
Lekala la Ukraine le re: “Ha barab’abo rōna ba ntse ba batla setša motseng oa Artsyz ba ile ba buisana le setsebi se seng sa meralo ea kaho moo. Ba ile ba se bontša litšoantšo tsa Liholo Tsa ’Muso tse seng li qetiloe. Se ile sa khahloa ke tsona, ’me sa re: ‘Holo e kang ena ea ’Muso e lokela ho ba haufi le sebaka sa botsamaisi ba setereke sa rōna, kaha e tla khabisa setsi sa motse oa rōna.’ Sa ntan’o bolela moo se nahanang hore setša se ka ba teng. Ka mor’a moo setsebi se seholo sa meralo ea kaho tikolohong eo se ile sa phaella ka ho re: ‘Ke qala ho bona mokhatlo oa bolumeli o lumellanang ka moralo le pele o qala ho haha. Ke tloaetse ho bona se fapaneng.’”
Ha mosali e mong oa mohoebi ea tsoang motseng o haufi a le setšeng seo ho hahoang Holo ea ’Muso ho sona motseng oa Lysychans’k, o ile a re : “Esale ke le shebeletse. Ke nahana hore le lokela ho haha Holo e kang ena ea ’Muso motseng oa heso. Ke tla le thusa hore le fumane setša se loketseng.” Barab’abo rōna ba ntan’o mo bolella hore ho na le Lipaki tse hlano feela sebakeng seo—hore li fokola haholo hore li ka theha phutheho le ho haha holo. O ile a botsa a re, “Athe, le hloka tse kae?” a ntan’o phaella ka ho re: “’Ngoliseng le ’na ke be oa botšelela.” Mohlomong o ne a soasoa. Leha ho le joalo, o ile a amohela thuto ea Bibele.
Liholo Tse Ncha Tsa Kopano
Selemong se fetileng sa tšebeletso, ho phethiloe Liholo Tsa Kopano tsa ba tsa neheloa Nhandeara le Goiânia, Brazil; El Trébol, Santiago, Chile; Morne Daniel, Dominica; Machala, Ecuador; Syracuse, Sicily, Italy; Gerehu, Papua New Guinea; Lomé, Togo; Newburgh, New York le West Palm Beach, Florida, U.S.A. Rakhoebo e mong oa Newburgh o ile a re ka mosebetsi oa kaho o etsoang moo: “Mokhatlo oa lōna o tsoteha e le ruri! Le sebelisa baithaopi ba tsoang litsong tse sa tšoaneng, ba nang le litalenta le tsebo tse sa tšoaneng, ’me bohle ba sebetsa hammoho ka kutloano. Ha ke e-s’o ka ke bona ntho e tjena!” Mohlahlobi e mong oa moo oa mehaho o ile a khahloa ke mosebetsi o tsoileng matsoho le ke bara le barali babo rōna. O ile a re: “Ke rata ho tla mona. Ke thabela ho qeta nako ke e-na le lōna.”
Ha mohaho oa Newburgh o le haufi le ho phethoa, mollo o ile oa qhoma, oa senya hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea mohaho oo. Ho e-na le ho nyahama, barab’abo rōna ba ile ba ikakhela ka setotsoana ho thusa ho tsosolosa mohaho oo. Ka hona, o ile oa tsosolosoa le pele khoeli e fela, ’me hoo ha etsa hore lenaneo la nehelo le tšoaroe ka nako eo le neng le ntse le e reretsoe, e leng ka la 19 October, 2002. Koranta e ’ngoe ea moo ha e bua ka baithaopi bao e ile ea re: “Tumelo ea bona e matla ho feta malakabe a chesitseng hoo e ka bang karolo ea bohlano ea mohaho oa lisekoere-khato tse 60 000.” Ka lebaka la ho lemoha bonngoe ba bohlokoa ba batho ba Molimo, barab’abo rōna ba ile ba fuoa tumello ea ho reha ’mila o eang Holong ea Kopano lebitso la Sebaka sa Bonngoe.
Ho Neheloa ha Makala
Le hoja ho e-na le ntoa ea lehae le qhoebeshano ea lipolotiki, barab’abo rōna Côte d’Ivoire ba ile ba bokana ka khotso ka la 29 March, 2003, ho nehela mehaho e ’maloa e mecha ea lekala, Abidjan. Eona e akarelletsa Holo e ncha ea ’Muso, mehaho e ’meli ea bolulo le mohaho oa ho sebeletsa o nang le sebaka se seholo sa ho jela, kichine, sebaka seo ho hlatsoetsoang ho sona, libaka tseo ho bolokeloang thepa ho tsona le tseo e lokisoang ho tsona. Mehaho ena e mecha, e ka lehlakoreng le leng la tsela, e bapile le mohaho oa pele oa lekala, o hahiloeng ka 1982. Baithaopi ba tsoang linaheng tse 15, bao ba bangata ba bona ba itefeletseng ho tla, ba ile ba thusa litho tse 110 tsa thimi ea moo ea kaho. Sébastien Johnson, e leng molebeli oa libaka ea neng a etetse lekala leo, o ile a fana ka puo ea nehelo e reng, “Beha Pelo ea Hao Borapeling bo Hloekileng.”
Ka Moqebelo oa la 15 February, 2003, ho ile ha e-ba teng batho ba 332 ha ho neheloa lekala le lecha, Guyana. Richard Kelsey, ea tsoang lekaleng la Jeremane, o ile a fana ka puo ea nehelo. O ile a lebisa tlhokomelo tabeng ea hore Jehova ke Sehahi se Hloahloa sa bokahohle. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Kelsey o ile a bontša hore ketso e khōlō ka ho fetisisa ea pōpo eo Jehova a e entseng, eo ebileng e leng eona eo a qalileng ka eona, e bile ea ho hlahisa sebōpuoa se khanyang sa moea—e leng Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. Baromuoa ba bangata ba nakong e fetileng ba ne ba le teng lenaneong la nehelo, ba bang ba bona ba qala ho tla ka mor’a lilemo tse ngata! Ha re nahana taba ea hore Guyana e na le bahoeletsi ba litaba tse molemo ba ka holimonyana ho 2 000 feela, bohle ba ne ba nyakaletse ha ba bona batho ba 4 752 ba tsoang linaheng tse 12 ba le teng lenaneong le khethehileng ka Sontaha.
Ha ho khakoloa katoloso ea Bethele Haiti, ntate-moholo George Corwin o ile a thothometsa lentsoe ka lebaka la ho ameha maikutlo ha a bua ka leeto leo a sa tsoa le nka ho ea St. Marc, e leng motse o lebōpong la leoatle o lik’hilomithara tse 60 ka leboea ho Port-au-Prince. Ha e ne e le moromuoa St. Marc lilemong tse fetang 40 tse fetileng, o ile a thusa ho theha phutheho ea pele moo. Hona joale motse oo o na le liphutheho tse ’nè tse khōlō. Liithuti tsa hae tsa Bibele, tseo hona joale e seng e le Lipaki tsa khale, tse tšepahalang, li ile tsa thabela ho mo bona. Ha Mor’abo rōna Corwin a fihla Haiti, naha eo e ne e e-na le bahoeletsi ba ka tlaasana ho 900, ’me ofisi ea lekala—e le ntlo e nyenyane e hiriloeng—e e-na le basebetsi ba babeli.
Ho ile ha hahoa lekala le lecha Haiti ka 1986, empa le lona le ne le se le haella. Lekala le atolositsoeng, le sa tsoa neheloa le lula litho tse 40 tsa lelapa la Bethele, tse sebeletsang bahoeletsi ba fetang 12 000. Baithaopi ba tsoang Australia, Brithani, Canada, Denmark, Jeremane le United States ba ile ba kenya letsoho mosebetsing ona oa kaho. Ba ile ba boela ba koetlisa baithaopi ba Haiti hore ba be le tsebo e hlokahalang ea kaho.
Ka lebaka la ho haella ha lintho moo, mechine e meholo le hoo e batlang e le thepa eohle ea kaho e ile ea tlameha ho batloa linaheng tse ling. Ka linako tse ling sena se ne se liehisa mosebetsi empa ha sea ka sa o emisa. Letsatsi la nehelo e bile Moqebelo oa la 23 November, 2002. Ho ba 3 122 ba bileng teng moo ho ne ho e-na le baeti ba 240 ba tsoang linaheng tse 13. David Splane oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo. Ka letsatsi le latelang, ba fetang 20 000 ba ile ba e-ba teng lenaneong le khethehileng Lebaleng la Lipapali la Sylvio Cator, Port-au-Prince.
“A re emeng, ’me re hahe.” (Neh. 2:18) Mantsoe ana a khothatsang, a builoeng ke Bajuda ba tšepahalang mehleng ea Nehemia, a ile a hlaha kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 2000 ea Hungary. Batho ba Jehova hohle naheng eo ba ile ba kōpuoa ho kenya letsoho ho haheng mohaho o mocha oa lekala Budapest. Baithaopi ba 13 741 ba tsoang liphuthehong tsohle tse 251 naheng eo, ba ile ba kenya letsoho mosebetsing ona, o ileng oa nka lilemo tse peli ’me o akarelletsa ho ntlafatsoa ha mohaho oo e neng e le oa sesole. Lenaneo la nehelo, leo ho lona ho neng ho le teng baeti ba 554 ba tsoang linaheng tse 22, le ile la tšoaroa ka la 10 May, 2003. Guy Pierce oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo e reng, “Jehova o Etsa Hore e ’ne e Hōle.”
Lekala la Mexico le se le atolositsoe ka makhetlo. Mehaho e mecha e 14, e nehetsoeng ka la 15 March, 2003, e ne e atolosa e nehetsoeng ka 1974, ka 1985 le ka 1989. Ho rala motheo oa lisekoere-mithara tse 80 000 bakeng sa mehaho e mecha e bile phephetso e ikhethang ka mabaka a mabeli. La pele ke hobane sebakeng seo ho ne ho kile ha e-ba le letša, ’me mobu oa teng o sa tiea. La bobeli, sebakeng seo ho atisa ho ba le tšisinyeho ea lefatše. Kahoo, e le hore motheo e be o tiileng o sireletsehileng, basebetsi ba ile ba tlameha ho tšela liqubu tse 3 261 tsa mobu, e ’ngoe le e ’ngoe e kata limithara tse 24! Ho rala le ho haha ho nkile lilemo tse 12 ’me baithaopi ba 28 600 ba tsoang Mexico le ba 734 ba tsoang mose ba ile ba kenya letsoho ho seo.
Litho tse tharo tsa Sehlopha se Busang li ile tsa nka karolo lenaneong la nehelo. Guy Pierce o ile a bua ka thabo e khōlō e tlisoang ke ho ba le kamano e haufi le Jehova. Theodore Jaracz o ile a hlalosa kamoo litlhohonolofatso tse tlisoang ke ho sebeletsa Molimo ka botšepehi li fetang hōle liteko tseo Bakreste ba tobanang le tsona nakong ena ea bofelo. ’Me Gerrit Lösch, a bua ka Sepanishe, o ile a fana ka puo ea nehelo e reng, “Rapela Molimo oa ’Nete!”
Ka la 23 November, 2002, lekala la Peru le ile la nehela mehaho e ’maloa, ho akarelletsa mohaho o mocha o motle oa liofisi o nang le mekato e mehlano le sebaka sa bolulo. Gerrit Lösch o ile a fana ka puo ea nehelo e reng, “Keketseho e Tlotlisa Jehova.” Ka letsatsi le hlahlamang, ka Sontaha, ba 59 940 ba ile ba bokana Lebaleng la Lipapali la San Marcos, Lima, moo lenaneo le khethehileng le ileng la lebisa tlhokomelo tseleng eo ka eona Jehova a hlohonolofatsang mosebetsi oa ’Muso ka ho enneng Peru. ’Me ruri ke tlhohonolofatso e kaakang! Ka 1946 ha baromuoa ba pele ba fihla moo ho tla etella pele mosebetsi, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’maloa feela le batho ba seng bakae ba thahasellang naheng eo. Hona joale Peru e na le bahoeletsi ba 87 318 le liphutheho tse 916.
Lekaleng la Russia, baeti ba 600 le litho tse 350 tsa lelapa la Bethele—ha ba le joalo ba tsoa linaheng tse 30 tse sa tšoaneng—ba ile ba bokana ka la 17 May, 2003, ho bona ha ho neheloa mohaho o mocha oa bolulo, liofisi le libaka tseo ho bolokeloang thepa ho tsona. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore lekala le atolosoe ka mor’a nako e khutšoanyane joalo empa le ne le sa tsoa neheloa lilemong tse tšeletseng tse fetileng?
Lekala la Russia, le Solnechnoye mathōkong a St. Petersburg, le hlokomela mosebetsi oa boboleli ba ’Muso linaheng tse leshome. Sebakeng sena se seholohali, se nang le linako tse 11 tse sa tšoaneng, ho buuoa lipuo tse fetang 100. Ka hona, karolo e khōlō le e eketsehang ea mosebetsi o etsoang lekaleng leo ke mosebetsi oa ho fetolela. Hona joale barab’abo rōna ba fetolela ka lipuo tse 34 lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ho feta moo, ho tloha ha ho qeteloa ho nehela lekala, palo ea bahoeletsi tikolohong eo e ile ea eketseha ka ba fetang 40 000—e leng ba ka bang 7 000 ka selemo! Lekala leo lea ngola: “’Me keketseho e ntse e tsoela pele.” Kahoo barab’abo rōna Russia ba bontša hore ba ananela tlhohonolofatso ea Jehova e enneng, ka hore ka thabo ba ‘lelefatse lithapo tsa bona tsa tente.’—Esa. 54:2.
Ba bangata ba tšepahalang ba seng ba hōlile ba ’nileng ba hlorisoa pusong ea Soviet Union ba ile ba e-ba teng lenaneong la nehelo ka Moqebelo. Bohle ba ile ba mamela ka hloko ha David Splane a fana ka puo ea nehelo e reng, “Ke Tla Tlatsa Ntlo Ena ka Khanya,” e neng e thehiloe ho Hagai 2:7. O ile a hlalosa hore le hoja mehaho ena e mecha e le metle ebile e tlotlisa Jehova, ntho e ka sehloohong e Mo tlotlisang le ho khabisa borapeli ba ’nete ke boitšoaro ba bomolimo ba Mokreste e mong le e mong le bomoea ba hae. Ka Sontaha, ba 9 800 ba ile ba tsoa har’a lefafatsane le batang ba ea lenaneong le khethehileng Lebaleng la Lipapali la Kirov, St. Petersburg.
Lefatšeng ka bophara, ho na le basebeletsi ba 19 848 ba hlomamisitsoeng ba sebeletsang mehahong e joalo ea makala. Kaofela ha bona ke litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Tšebeletsong e Khethehileng ea Nako e Tletseng sa Lipaki Tsa Jehova Lefatšeng ka Bophara.
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]
TSE LING TSA LIKETSAHALO TSA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2003
La 1 September, 2002
La 1 September: Ho etsoa hore lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa li fumanehe ka Puo ea Matsoho ea Amerika videong.
La 23 November: Ho neheloa lekala Haiti le Peru.
La 1 January, 2003
La 1 January: Liphutheho li qala ho sebelisa buka e ncha ea sekolo ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
La 15 February: Ho neheloa lekala Guyana.
La 15 le la 29 March: Ho neheloa lekala Mexico le Côte d’Ivoire.
La 16 April: Mapolesa a Asmara, Eritrea, a tšoara batho ba 164 ba tlileng Sehopotsong.
La 1 May, 2003
La 10 le la 17 May: Ho neheloa lekala Hungary le Russia.
La 20 May: Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao Kosovo.
La 22 May: Romania e tiisa ka molao hore e amohela Lipaki Tsa Jehova e le bolumeli. Nyeoe ea ho leka ho thibela Lipaki Moscow e chechisetsoa morao ka nako e sa lekanyetsoang.
August: Lekala la Brithani le kenya mochine oa khatiso oa MAN Roland Lithoman.
La 31 August, 2003
La 31 August: Ho tloha ka November 1999 ho se ho qetiloe Liholo Tsa ’Muso tse 7 730 linaheng tse futsanehileng. Bahoeletsi ba 6 429 351 ba sebetsa ka mafolofolo linaheng tse 235.
[Litšoantšo]
Haiti
Peru
[Krafo e leqepheng la 11]
(Sheba sengoliloeng)
Keketseho ea lenane la lipuo:
Lingoliloeng tsohle
“Molula-Qhooa”
“Tsoha!”
400
300
200
100
1880 1920 1960 2000
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Barupeli ba Thupelo ea Kutloisiso e Ntlafetseng ea Senyesemane le basali ba bona
[Setšoantšo se leqepheng la 22, 23]
Mochine oa khatiso ha o bapisoa le bese
Lipalo-palo tsa mochine oa khatiso:
Bolelele: Limithara tse 40
Bophahamo: Limithara tse 5,5
Boima: Lithane tse 201
[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Mehaho ea makala e sa tsoa neheloa (1) Guyana, (2) Hungary le (3) Côte d’Ivoire