Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb11 maq. 6-38
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘MOLIMO O BATLA HORE BA SA UTLOENG LITSEBENG BA MO TSEBE’
  • ‘HO SALA LINTHO TSOHLE MORAO KA HO NEPAHALA’
  • RE THUSOA HORE RE ‘LULE RE LEBETSE’
  • HO BINELA JEHOVA LITHORISO
  • “LE TLA HULANYETSOA KA PEL’A BABUSISI LE MARENA . . . HORE E BE BOPAKI”
  • LERATO LA BARA BA MOTHO LE BONTŠOA KA LIKETSO HAITI
  • MOSEBETSI OA LIPHALLELO O ETSOANG KA POTLAKO
  • BA PHEKOLOA ’MELENG, MAIKUTLONG LE MOEENG
  • HO NEHELOA HA MAKALA HO TLOTLISA MOLIMO
  • “LE ’NE LE BEHE LITHOLOANA TSE NGATA”
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2013
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2010
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2011
yb11 maq. 6-38

Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

KA SEBELE rea thaba ha re bona seo Jehova a se finyellang ka batho ba hae lefatšeng ka bophara. Khatiso ena ea Buka ea Selemo e tlaleha kamoo lintho li tsoelang pele kateng tšimong ea puo ea matsoho ebile e hlalosa kamoo Lefapha la rōna le Ngolang le etsang lipatlisiso kateng. Ithute ka likopano tsa rōna tsa machaba u be u utloe lintlha tse thahasellisang mabapi le buka ea rōna ea lipina e ncha. U ka ikutloela tsa morao-rao tse ntseng li etsahala lefatšeng ka bophara litabeng tsa molao, u utloe litaba tse amanang le Haiti le makala a sa tsoa neheloa. Re tšepa hore u tla natefeloa ke seo u tla se bala ebile se tla u khothatsa.

‘MOLIMO O BATLA HORE BA SA UTLOENG LITSEBENG BA MO TSEBE’

Hlokomela se etsahalang tšimong ea puo ea matsoho. Salvatore ke monna ea sa utloeng litsebeng oa United States, ’me mofumahali oa hae ke Paki ea Jehova. Le hoja a tsebile ’nete ea Bibele ka nako e telele, ha aa ka a nka bohato ka eona. Mofumahali oa hae o ile a mo khothalletsa hore a qete selemo a bala Bibele letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, ka mor’a ho ikitlaelletsa ho utloisisa seo a se balang, o ile a nyahama ha a bona hore o hamela letanteng. Ka pelo e bohloko, o ile a re: “Ha ke bone eka ho na le ntho e tla nthusa ho ithuta ho rata Jehova.”

Leha ho le joalo, bophelo ba Salvatore bo ile ba qala ho fetoha ha a bolelloa hore ho na le DVD e nang le karolo e ’ngoe ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Puo ea Matsoho ea Amerika. Ka mor’a hore a hlahlobisise Lentsoe la Molimo ka puo ea matsoho, o ile a re, “Ho etsa joalo ho ile ha nkholisa hore Molimo o batla hore ke mo tsebe.” Salvatore o ile a ithuta Bibele ’me hona joale o sebeletsa Jehova a thabile e le Paki e kolobelitsoeng.

Joaloka Salvatore, batho ba bang ba sa utloeng litsebeng lefatšeng ka bophara, ba bone hore Jehova o ba rata haholo ebile o amehile ka bona ka ho tebileng hobane o lokiselitse hore ba be le Libibele le likhatiso tse ling tsa puo ea matsoho tse fumanehang ka DVD le ka ho li kopitsa Inthaneteng. Ho se ho e-na le likhatiso tsa lipuo tsa matsoho tse 46 ’me ho sa na le tse tla hatisoa ka lipuo tse ling tse 13. Lipuong tseo Molula-Qhooa o fumaneha ka lipuo tse robong ’me ho se ho lokolotsoe likarolo tse ling tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka puo ea matsoho ea Amerika, ea Brazil, ea Colombia, ea Italy, ea Mexico le ea Russia.

Kamehla rea thaba ha re bona kamoo likhatiso tsa puo ea matsoho li amang lipelo tsa batho ba sa tsoa ithuta ’nete. Mosali e mong oa Japane ea sa utloeng litsebeng ea bitsoang Natsue o re: “Ke qalile ho ithuta ka 1981, ke sebelisa lingoliloeng tsa Sejapane. Ke ne ke sa utloisise seo ke ithutang sona kahoo ha lelapa leso le nkhanyetsa, ke ile ka khaotsa ho ithuta Bibele.

“Ka April 2007, mohoeletsi e mong o ile a mpontša khatiso ea You Can Be God’s Friend!—on DVD ka Puo ea Matsoho ea Japane. Ho ne ho se ho fetile lilemo tse 26 ka mor’a hore ke ithute Bibele ka lekhetlo la pele. Hang-hang ke ile ka qalella ho ithuta ’me ka lemoha hore ke fumana lintho tseo ke li hlokang e le hore ke tsebe Molimo. Ke ile ka kolobetsoa ka November 2008.”

Kajeno ho na le bahoeletsi ba sa utloeng litsebeng ba fetang 16 000 lefatšeng ka bophara. Ba rorisa Jehova ha ba bua ka matsoho a bona le ka lifahleho tsa bona. Ntho e ba kholisang hore Jehova oa ba rata ebile o ananela tšebeletso eo ba e etsang ka botšepehi ke hore ba na le libuka, libukana, livideo le litšoantšiso tsa Bibele tse 30 tse fetoletsoeng ka lipuo tse sa tšoaneng tsa matsoho.

Makala a 54 a fetolelang likhatiso tsa lipuo tsa matsoho a fumana melaetsa e mangata ea liteboho e tsoang ho bara le barali babo rōna hammoho le batho ba thahasellang. Mangolo a bona a bontša kamoo batho ba sa utloeng litsebeng ba thabang kateng ha ba fumana linnete tse tebileng ka puo ea bona ea matsoho. Mohlala o motle oa sena ke se ileng sa buuoa ke Emi, oa Japane, eo batsoali ba hae ba sa utloeng litsebeng.

Emi o re: “Batsoali ba ka ba kolobelitsoe lilemo tse ngata pele ho ’na, empa ho ne ho le thata hore ba utloisise lingoliloeng tsa Sejapane. Ha ba sa utloisise, ba ne ba nkōpa hore ke ba hlalosetse. Hona joale ha ba bua ka ’nete ea Bibele, ba bua ba phutholohile. ’Mè o ile a re, ‘Ke qalile ho utloisisa lintlha tse qaqileng tsa Bibele feela ka mor’a hore ho be le likhatiso tsa puo ea matsoho.’ Ka lebaka leo, ba atametse haufi le Jehova ’me likamano tsa lelapa leso li ntlafetse ho feta leha e le neng.”

‘HO SALA LINTHO TSOHLE MORAO KA HO NEPAHALA’

Jesu o ile a re lekhoba le tšepahalang le ne le tla sebetsa litaba ka masene ha le fa bahlanka ba ntlo “lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng.” Kahoo, Kreste o ile a bontša hore ba abang “lijo” tsena ba ne ba tla ba hlokolosi, ba be seli ’me ba be le temoho ha ba fa barapeli ba ’nete ba Molimo lijo tsa moea.—Mat. 24:45-47.

Mehleng ea rōna, barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba sebelisa Lefapha le Ngolang le Brooklyn, New York, hore ba fane ka lijo tsa moea tse tlang e le limakasine, libukana, libuka hammoho le boitsebiso bo bong bo hatisitsoeng le bo fumanoang ka thepa ea elektronike. Joaloka lijo tsa nama, lijo tsena tsa moea le tsona li tlameha ho phehoa hantle. Esita le bangoli ba Bibele ba neng ba tataisoa ke moea o halalelang, ba ile ba tiisa hore ba ngola boitsebiso bo batlisisitsoeng ka hloko le bo nepahetseng. Ka mohlala, Luka o ile a bua le lipaki tse ngata tse boneng ka mahlo ’me a ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.’—Luka 1:1-4.

Lefapha le Ngolang le latela mohlala oa ‘ho sala lintho tsohle morao ka ho nepahala.’ Empa le fumana boitsebiso bo tšepahalang hokae? Le hoja Inthanete e le mohloli oa boitsebiso bo bongata bo fumanehang habonolo le hona ka potlako, barab’abo rōna ba etsang liphuputso ha ba itšetlehe ka litlaleho tseo batho ba ingoletseng tsona Inthaneteng kapa tse hlahang Liwebsaeteng tse se nang bopaki bo lekaneng tse ngotsoeng ke batho ba sa tsejoeng kapa ba sa tšoaneleheng. Ka mohlala, Wikipedia, e leng encyclopedia e Inthaneteng, e lemosa hore tse ling tsa lihlooho tse Websaeteng eo “li na le boitsebiso bo bongata bo sa nepahalang, bo sa batlisisoang ka ho feletseng kapa bo sothiloeng ka boomo,” ’me e phaella ka ho re “batho ba e sebelisang ba lokela ho hlokomela sena.” Kahoo Lefapha le Ngolang le sheba boitsebiso bo amohelehang, bo ngotsoeng ke litsebi tse tlotloang le libuka tse hatisitsoeng ke bangoli ba hlomphuoang.

Lefapha le Ngolang ka bolona le na le laebrari e khōlō e nang le libuka tse likete. Ho phaella moo, bafuputsi bana ba sebelisa lilaebrari tsa sechaba le tsa litsi tsa thuto tse haufi le bona. Ba ka boela ba fumana boitsebiso bo khethehileng mehloling e meng ka ho alima libuka lilaebraring tse ling. E ’ngoe ea lilaebrari tse khōlō tsa univesithi eo bafuputsi ba rōna ba e sebelisang e na le libuka tse ka bang limilione tse hlano, limakasine tse hatisoang nako le nako tse 58- 000, lifilimi tse nyenyane tse limilione tse 5,4 tseo ho hatisitsoeng boitsebiso ho tsona le boitsebiso bo bongata bo bokeletsoeng k’homphieutheng. Lefapha le Ngolang le boetse le na le pokello e khōlō ea likhechana tsa maqephe a likoranta, liphihlelo le boitsebiso bo amanang le histori bo lulang bo ntlafatsoa bo fumanehang sebakeng seo le bo tsoang makaleng a mang ho pota lefatše.

Bonneteng ho joalokaha Moeklesia 12:12 e re hopotsa: “Ho etsoa ha libuka tse ngata ha ho na bofelo.” Esita le mehloli e nang le botumo bo botle e ka ’na ea fana ka boitsebiso bo sa nepahalang. Kahoo re tiisa joang hore na boitsebiso ke ba bohlokoa, bo nepahetse ebile boa tšepahala?

Nka ka mohlala polelo e hlahileng bukaneng ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? e mabapi le hore silika ea sekho ke e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa lefatšeng. E itse: “Haeba tepo eo e ka hōlisoa hore e lekane le lebala la bolo ea maoto—e le botenya ba senthimithara ’me likhoele tsa teng li arohane ka lisenthimithara tse ’nè—e ka emisa sefofane se seholo sa jete!” Le hoja polelo eo e fumanoe makasineng ea saense e nang le botumo bo botle, makasine eo hase eona e tlileng ka taba eo, ’me tsela eo e neng e behiloe ka eona ka lekhetlo la pele e ne e ka utloisisoa ka litsela tse sa tšoaneng. Kahoo, ho ile ha hlokahala hore barab’abo rōna ba ikopanye le mofuputsi ea buileng polelo ena ka lekhetlo la pele le hore ba hlahlobe hore na o fihletse qeto eo joang. Bafuputsi ba rōna ba ne ba boetse ba lokela ho fumana mokhoa oo motho eo a sebelitseng lipalo ka oona le boitsebiso bo hlokahalang e le hore le bona ba sebetse lipalo ’me ba bone hore na ho ne ho tla etsahala’ng haeba tepo ea sekho e lekanang le lebala la bolo ea maoto e ne e ka chaisoa ke sefofane se seholo sa jete. Ka mor’a ho etsa lipatlisiso ka lihora tse ngata le ho kopanya lipalo ka hloko, qetellong ba ile ba fumana bopaki ba hore boitsebiso bona bo hlollang bo nepahetse.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling esita le mohloli o bonahalang o tumme hantle o ka ’na oa hlōleha ho fana ka bopaki bo lekaneng. Ka mohlala: ho ’nile ha qotsoa mantsoe ao ho thoeng Gandhi o ile a a bua ha a ne a buisana le Lord Irwin ba le sebakeng sa hae se khutsitseng sa borapeli, a reng: “Mohla naha ea heso le ea heno li ka kopanngoang hammoho ke lithuto tse fanoeng ke Kreste Thutong ena ea Thabeng, re tla be re sa rarolla mathata a linaha tsa rōna feela, empa a lefatše lohle.” Leha ho le joalo, ha ho batlisisoa taba ena ka botlalo ho ile ha fumanoa hore ha ho na bopaki ba hore Lord Irwin o kile a etela Gandhi sebakeng sa hae se khutsitseng sa borapeli ’me sena se ile sa hlahisa lipotso tseo ho se nang likarabo tsa tsona mabapi le hore na ba ne ba le hokae, ka nako efe le hore na ehlile Gandhi o kile a bua mantsoe ao. Ka lebaka leo, ho hang lingoliloeng tsa rōna ha li sa qotsa mantsoe ana.

Mohlomong u kile ua bala ka ketsahalo e amanang le Sir Isaac Newton le setšoantšo sa letsatsi le lipolanete tse le potolohang. Ho tlalehoa hore motho e mong ea sa lumeleng hore Molimo o teng ea neng a mo etetse o ile a re: “Ke mang ea se entseng?” Ha Newton a mo araba a re, “Ha ho na motho ea se entseng!” eaba motho eo o re, “Mohlomong u nahana hore ha ke na kelello!” Ho tlalehoa hore Newton o ile a bolella motho eo hore setšoantšo sena sa hae se senyenyane sa letsatsi le lipolanete tse khōlō haholo tse le potolohang se paka hore e tlameha ebe ho na le moqapi kapa moetsi. Le hoja taba ena e utloahala e le monate, mehloli ea histori hammoho le litsebi tse ithutang lintho tse sibolotsoeng ke Newton esita le bangoli ba pale ea bophelo ba hae ha ba na bopaki ba hore ka sebele ho kile ha e-ba le puisano e joalo. Se thahasellisang ke hore lingoliloeng tsa pele tseo taba ena e hlahileng ho tsona ke tsa mathoasong a lilemo tsa bo-1800 ’me lebitso la Newton ha le hlahe ho tsona, ho e-na le hoo ho hlaha lebitso la setsebi sa Lejeremane se bitsoang Athanasius Kircher. Ka lebaka leo, Lefapha le Ngolang ha le sa sebelisa tlaleho ena likhatisong tsa rōna.

Ka linako tse ling, esita le lipolelo tse nyenyane li lokela ho batlisisoa ka botlalo ho tiisa hore li nepahetse. Ka mohlala, ha mor’abo rōna a pheta pale ea hae ea bophelo a ka ’na a re o hlahetse Czechoslovakia ka 1915. Empa Czechoslovakia e bile teng ka 1918. Joale o hlahetse hokae? Hore re fumane karabo ea potso eo, ho ka ’na ha hlokahala hore re hlahlobe limmapa tsa khale kapa litlaleho tsa histori.

Hape, mor’abo rōna a ka ’na a bolela hore o kolobelitsoe San Francisco ka letsatsi le itseng. Leha ho le joalo, ha ho hlahlobisisoa taba, ho ka ’na ha fumanoa hore ha ho na kopano e khōlō kapa e nyenyane e ileng ea tšoareloa motseng oo ka letsatsi leo. Bothata boo bo ka lokisoa joang? Ka linako tse ling batho ha ba khone ho hopola lintlha tsohle hantle. Le hoja mohlomong mor’abo rōna a ke ke a lebala hore na o kolobelitsoe hokae, ho ka etsahala hore a se ke a hopola hantle letsatsi leo a kolobelitsoeng ka lona. Hangata hoa khoneha ho tiisa hore lintlha tseo li nepahetse ka ho li bapisa le boitsebiso bo hlahang mehloling e sa tšoaneng.

Ka kakaretso, Lefapha le Ngolang le hatella hore ho sebelisoe feela boitsebiso bo nepahetseng le ba ’nete, esita le litabeng tse bonahalang e le tse nyenyane. Ka lebaka leo, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le tsoela pele ho fana ka lijo tsa moea tse tlotlisang “Molimo oa ’nete,” Jehova.—Pes. 31:5.

RE THUSOA HORE RE ‘LULE RE LEBETSE’

Lipaki Tsa Jehova tse limilione lefatšeng ka bophara li ile tsa ananela lenaneo le molemo le bileng le tlileng ka nako leo ho ileng ha fanoa ka lona Likopanong Tsa Setereke Tsa “Le Lule le Lebetse” selemong sa 2009 tse ileng tsa tšoaroa libakeng tse ngata. Har’a ba neng ba le teng likopanong tseo e bile baeti ba fetang 200 000 ba tsoang linaheng tse 136 ba neng ba memetsoe likopanong tse 37 tsa machaba. Likopano tsena li ne li tšoaretsoe Afrika-Boroa, Austria, Chile, Côte d’Ivoire, Fora, Ghana, Italy, Jeremane, Kenya, Korea, Mexico, Myanmar, Peru, Poland, Trinidad and Tobago le United States. Tlhōrō ea lenane la bohle ba bileng teng likopanong tsa machaba e bile 1 495 045 ’me ha kolobetsoa ba 15 730.

Morero oa likopano tsa machaba ke ofe? Sehlopha se Busang se hlophisa hore ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse ’maloa, ho tšoaroe likopano tsena metseng e libakeng tse loketseng—ka linako tse ling li tšoareloa linaheng tseo pele Lipaki Tsa Jehova li neng li thibetsoe. Likopano tsena li matlafatsa barab’abo rōna ebile li ba susumelletsa hore ba be mahlahahlaha ha ba bolela litaba tse molemo linaheng tseo.

Likopano tsena li boetse li fa barab’abo rōna monyetla o ikhethang oa ho iponela hore ka sebele ka mokhatlong oa machaba oa bara ba motho ho na le “tlamo e [khethehileng] ea bonngoe.” (Bakol. 3:14) Ruri hoa thabisa ho bona hore le hoja batho ba lichaba le litso tse fapa-fapaneng le ba buang lipuo tse sa tšoaneng ba e-ba teng likopanong tsena, ho rena lerato, khotso le bonngoe ho tsona! Lerato la ’nete le bonahala ha batho ba merabe e sa tšoaneng ba kopana ka bolokolohi nakong ea khefu—ba ja hammoho, ba abelana limpho tse nyenyane ba bile ba fana linomoro tsa fono kapa liaterese, ba nka lifoto tse ngata ba bile ba hakana ka lerato la bara ba motho. Baeti ba bangata ba tlileng kopanong le Lipaki tsa sebaka ka seng ba apara sehahabo bona.

Karolo e khethehileng ea lenaneo la likopano tsa machaba ke puo e reng “Litlaleho Tse Tsoang Linaheng Tse Ling,” e fanoang ka matsatsi a mane kaofela. Molebeli e mong ea tsamaeang oa Italy o ile a hlokomela hore litlaleho tseo li ile tsa thusa bohle hore ba “ikutloe e le karolo ea mokhatlo oa ’nete oa machaba oa bara ba motho o nang le sepheo se tšoanang—e leng ho phetha mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso.” Ka sebele ho ne ho khothatsa ho utloa liphihlelo tsa baromuoa le bahlanka ba bang ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba neng ba etetse linaheng tsa habo bona ba tsoa linaheng tseo ba abetsoeng ho sebeletsa ho tsona! Mohlala oa bona o motle e sa ntse e le khothatso e khōlō ho bacha hammoho le ba hōlileng!

Ho feta moo, ruri re ile ra thaba ha re utloa barab’abo rōna ba Sehlopha se Busang ba tlileng likopanong tsa machaba ba fana ka thupelo ea Mangolo e tlang ka nako ba bile ba re khothatsa ka lerato! Lipuo tse fanoang ke barab’abo rōna ba Sehlopha se Busang le “Litlaleho Tse Tsoang Linaheng Tse Ling” li ne li fetoleloa ka nako e tšoanang molemong oa lihlopha tsohle tsa batho ba lipuo tse sa tšoaneng ba mametseng lenaneo. Ka mohlala, kopanong ea bobeli ea machaba e neng e tšoaretsoe Honolulu, Hawaii, Stephen Lett oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka lipuo tse ’nè ka Senyesemane ’me li ile tsa fetoleloa ka nako e tšoanang ka Sechuuk, Seiloko, Sejapane, Semandarin, Semarshall le Sesamoa.

Ha ho hlophisoa likopano tsa machaba, Sehlopha se Busang se nahana ka boholo ba libaka tse fumanehang tseo ho ka tšoareloang likopano ho tsona, palo ea Lipaki tsa sebaka seo le Lipaki tse tsoang linaheng tse ling tse tla ba teng kopanong eo esita le hore na ho na le libaka tse kae tseo baeti ba ka fihlelang ho tsona. Ka mor’a moo, barab’abo rōna ba ikarabellang motseng ka mong oa kopano ba fumana tumello ho ba boholong sebakeng seo ebe ba etsa litumellano le batsamaisi ba sebaka seo kopano e tla tšoareloa ho sona.

Kaha hangata likopano tsa mofuta ona li tšoareloa mabaleng a maholo a lipapali, ho na le mosebetsi o mongata oa ho hlophisa le ho tiisa hore libaka tsena li boemong bo hlomphehang le bo tšoanelang borapeli ba Jehova. Ka mohlala, Peru, ho ne ho e-na le papali ea bolo ea maoto e neng e tlil’o bapalloa lebaleng la lipapali pele ho kopano, ka lebaka leo barab’abo rōna ha baa ka ba khona ho hloekisa lebala leo le ho etsa litlhophiso tse hlokahalang ho fihlela bosiung ba pele ho kopano. Le hoja ho ne ho kōpiloe baithaopi ba 3 000, bara le barali babo rōna ba fetang 7 000 ba ile ba fihla ka hora ea 6:00 mantsiboea ’me ba sebetsa ka mahlahahlaha bosiu kaofela ho fihlela mosebetsi oo o felile.

Qetellong ea kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe Long Beach, California, U.S.A, banna ba bararo ba lokisang lebala leo ho neng ho tšoaretsoe kopano ho lona ba ile ba re: “Re bone malumeli a mangata a tla sebakeng sena, empa ha ho le bo bong bo khonang ho etsa lintho tseo le li etsang. Ka sebele sena sea tsoteha.” E mong oa banna bao o ile a lumela hore ha Lipaki Tsa Jehova li kokota ha hae, o ne a atisa ho ipolella ho re, “Le tla kokota le be le khathale hobane ’na nke ke ka le bulela.” Leha ho le joalo, o ile a re nakong e tlang ha barab’abo rōna ba kokota ha hae, o tla ba bulela a be a ba mamele. E mong oa banna bao o ile a ba a re, “Ha ke e-s’o be setho sa bolumeli leha e le bofe, empa bona ke bona bolumeli boo ke batlang ho ba setho sa bona.”

Ruri metseng eohle eo likopano li neng li tšoaretsoe ho eona ho ile ha fanoa ka bopaki bo hlakileng bo ileng ba tlotlisa Jehova! Ka sebele re leboha Jehova ka likopano tseo tse matlafatsang tumelo haholo tse re thusang hore re tsoele pele ho ‘lula re lebetse’!—Mat. 24:42.

HO BINELA JEHOVA LITHORISO

Ho binela Jehova lipina tsa thoriso ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna. Ka lebaka leo, likopanong tsa 2009, bahlanka ba Molimo ba ile ba thaba haholo ha ba bolelloa hore ho na le buka e ncha ea lipina, e nang le sehlooho se reng, Binelang Jehova. Empa ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala buka e ncha ea lipina?

Nako le nako, re ’nile ra nchafatsa libuka tsa rōna tsa lipina e le hore li tsamaisane le leseli la moea le ntseng le tsoela pele ho khanya. (Liprov. 4:18) Kahoo ho qaptjoa ha buka e ncha ea lipina ho fana ka monyetla oa ho etsa liphetoho tse hlokahalang mantsoeng a lipina tsa rōna. Ho khethiloe mantsoe a nolofalletsang motho hore a utloisise moelelo oa pina ha e ntse e binoa le hore a e hopole habonolo. Ntho e ’ngoe e thusang motho hore a hopole lipina tsena ke hore boholo ba tsona li khutsufalitsoe. Moo ho loketseng, ho kenyelelitsoe lik’horase e le hore ho pheta-phetoe lintlha tsa bohlokoa ka tsela e tla hatisa moelelo. Ho phaella moo, ho entsoe matsapa a hore noto ka ’ngoe e be le senōko se le seng, ho e-na le hore e be le linoko tse peli kapa ho feta.

Ho ile ha hlahlobisisoa buka ea lipina ea Binelang Jehova Lithoriso e neng e ntse e sebelisoa ’me ha hlokomeleha hore ho lokela ho etsoe liphetoho tse itseng morethethong oa lipina tse ling e le hore li binoe habonolo. Ka lebaka leo ho theotsoe molumo oa lipina tse ling e le hore linoto tse phahameng li binoe habonolo. Hape hase lipina tsohle tse neng li binoa ka tsela eo li neng li ngotsoe ka eona bukeng. Kahoo, maemong a mang ho fetotsoe morethetho ka booona e le hore o tsamaisane le tsela e tloaelehileng eo barab’abo rōna ba neng ba li bina ka eona lefatšeng ka bophara.

Ho ile ha nahanisisoa ka hloko ka lintlha tse kang tsela eo lipina li lokelang ho hatisoa ka eona bukeng. Le hoja lipina tse telele li hatisitsoe maqepheng a mabeli molemong oa lipuo tse fetoletsoeng tse nang le mantsoe a mangata, lipina tseo li ngotsoe ka tsela e etsang hore motho a se ke a phetla leqephe ha a bina pina efe kapa efe. Ha ho na lipina tse nang le mela e fetang e meraro.

Mosebetsi oo oa motonanahali oa ho hlophisa buka e ncha ea lipina o ile oa finyelloa joang? Ka August 2007, sehlopha se nang le boiphihlelo sa baqapi le bangoli ba lipina se ile sa kōptjoa hore se tl’o thusa Sehlopha se Busang ka mosebetsi ona. Lipina tsohle tse neng li le teng bukeng eo re neng re e sebelisa li ile tsa hlahlojoa ka hloko e le hore ho hlokomeloe hore na ke hokae moo ho nang le mathata a amanang le lithuto tsa Mangolo, ho hatisoa ha mantsoe le morethetho oa pina. Ho ne ho hlakile hore tse ling tsa lipina tsa khale li ntse li e-na le morethetho o monate empa ho ne ho hlokahala hore mantsoe a tsona a fetoloe. Lipina tse ling tseo ho neng ho hlokahala hore mantsoe a tsona a fetoloe hanyenyane, morethetho oa tsona o ne o lokela ho fetoloa haholo. Ka mor’a moo, Komiti ea Thuto ea Sehlopha se Busang e ile ea lumella barab’abo rōna hore ba tsoele pele ka lethathamo la lihlooho tsa lipina tse tla binoa libokeng tsa Bokreste, likopanong tse khōlō le tse nyenyane hammoho le mananeong a ho nehela mehaho.

Ho phaella moo, baqapi ba ’mino ba ile ba boela ba nka nako ba hlahloba tsela eo barab’abo rōna ba binang ka eona libokeng. E le hore ba qape lipina tse hlomphang Molimo empa li le monate, ba ile ba qoba ’mino o utloahalang eka ke lifela tse binoang likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana. Ka nako e tšoanang, ba ne ba sa batle hore lipina tse rorisang Jehova li tšoane le lipina tse ratoang likerekeng tse ngata tsa batho ba reng ba phekola ka tumelo ebile ba bua maleme.

Ha mosebetsi ona oohle o ntse o tsoela pele, Sehlopha se Busang se ile sa etsa sohle hore se behe leihlo mosebetsi oa ho qapa pina e ’ngoe le e ’ngoe esita le mantsoe a eona. Libini li ile tsa rekota lipina tse ncha tseo Sehlopha se Busang se neng se sa li tsebe e le hore se li mamele se be se li hlahlobe. Hang ha Sehlopha se Busang se khotsofetse ka lipina tseo, li ile tsa romeloa makaleng a fetolelang e le hore li fetoleloe ka sepheo sa hore libuka tsa lipina tsa lipuo tse ling li ka lokolloa ka nako e tšoanang le buka ea lipina ea Senyesemane.

Ho feta moo, ka 2007 Sehlopha se Busang se ile sa hlophisa hore ho be le k’hoaere e rekotang lipina tse tla thusa liphutheho hore li ithute lipina tsena. Ka lilemo tse ngata baithaopi ba binang ka liletsa ba tsoang makaleng a 14 ba ’nile ba kopana Patterson, New York, hoo e ka bang habeli ka selemo ho tla rekota ’mino o sebelisoang mananeong a thuto a Lipaki Tsa Jehova, a akarelletsang le litšoantšiso le livideo hammoho le ’mino o letsoang likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Bara le barali bana babo rōna ba itetseng, bao boholo ba bona e leng basebeletsi ba nako e tletseng, ba sebelisa nako ea bona le matlotlo a bona hore ba nke maeto ana ’me ba rekote ’mino oo molemong oa mokhatlo oa machaba oa barab’abo rōna. Kaofela ke litsebi tsa ’mino. Ka mor’a moo, ’mino oa liletsa o rekotiloeng o romeloa makaleng lefatšeng lohle e le hore o letsoe likopanong le hore o sebelisoe ha ho rekotoa lipina tsa mantsoe ka lipuo tse ngata libakeng ka ho fapana. Ho na le lipina tse ngata tsa mantsoe tse rekotiloeng makaleng tseo hona joale motho a ka ikopiletsang tsona Websaeteng ea rōna ea www.jw.org.

Bara le barali babo rōna ba ile ba ikutloa joang ha ba fumana buka e ncha ea lipina ea Binelang Jehova? Lengolo lena le tsoang ho morali e mong oabo rōna ke mohlala oa mangolo a makholo-kholo ao re a fumaneng a tsoang ho batho ba bolelang hore baa leboha. O itse: “Ntumelleng hore ke qale ka ho le leboha ka lipina tse ncha tse monate tse bukeng e ncha ea lipina. Li ama maikutlo, li matlafatsa tumelo ebile lia tšelisa—ke mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova.”

Re lakatsa eka buka ea lipina ea Binelang Jehova e ka tšelisa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara ea ba ea ba khothatsa. Ebang re bang kapa re kopane le barapeli-’moho le rōna, e se eka re ka e sebelisetsa ho bontša Ntate oa rōna ea leholimong Jehova hore rea mo rata!

“LE TLA HULANYETSOA KA PEL’A BABUSISI LE MARENA . . . HORE E BE BOPAKI”

Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba tla isoa “makhotleng a libaka” le ka pel’a “babusisi le marena.” Leha ho le joalo, o ile a re sena se ne se tla etsahala “hore e be bopaki ho bona le ho lichaba.” (Mat. 10:17, 18) Selemong se fetileng, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlaheloa ke sona seo Jesu a se boletseng esale pele. Joalokaha Monghali oa tsona a boletse, tsela e mpe eo li ileng tsa tšoaroa ka eona e li buletse menyetla e metle ea ho paka.

Armenia

Vahan Bayatyan, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a ahloleloa hore a hlole lilemo tse peli le halofo chankaneng hobane a ile a hana ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo. Ka mor’a hore a hlōloe ke nyeoe le linyeoe tsa boipiletso makhotleng a Armenia, o ile a ipiletsa Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) ka 2003. Qetellong ka la 27 October, 2009, ECHR e ile ea liha kahlolo e emelang Armenia tumellanong le likahlolo tseo esale li lihuoa ka lilemo tse 50. Leha ho le joalo, ho na le moahloli ea neng a sa lumellane le baahloli ba bang, ea ileng a bolela hore kahlolo ena “ha e lumellane le melao ea Europe ea morao tjena e mabapi le ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo.”

Kaha taba ena ke ea bohlokoa, Lekhotla la Europe le ile la lumela hore e fetisetsoe Moifong o Moholo oa lekhotla lena. Ho ne ho lokiselitsoe hore nyeoe ena e tšoareloe Strasbourg, Fora, ka la 24 November, 2010. Ha ho hatisoa tlaleho ena, ho ne ho e-s’o tsejoe hore na Moifo o Moholo oa lekhotla o entse qeto efe.

Azerbaijan

Ho sa ntse ho le thata hore lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova li kene naheng ena. Ba boholong ba fana ka tumello ea hore lingoliloeng tse itseng tsa bolumeli li kene naheng ena empa ba hana ha tse ling li kena hobane ba re “litaba tsa tsona li buella tumelo ea Lipaki Tsa Jehova feela ’me li nyelisa maikutlo a malumeli a mang a Bokreste.” Ka lebaka leo, mahae a bara le barali ba bang babo rōna a ’nile a hlaseloa ’me lingoliloeng tsa bona tsa Bibele tsa nkoa ka mahahapa.

Ka la 25 April, 2010, motseng oa Qazax, Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 250 li ne li palame libese tse hlano tse khōlō le koloi e nyenyane li khutla kopanong Georgia. Ha li fihla lelibohong, mapolesa a ile a li amoha lingoliloeng tsa tsona tsa Bibele, tse neng li akarelletsa Libibele tse 33. Lipaki tse ngata, tse akarelletsang batho ba hōlileng le ba fokolloang ke bophelo, li ile tsa emisoa lelibohong moo nako e ka etsang lihora tse robeli pele li lumelloa hore li tsoele pele ka leeto la tsona. E le ho thibela lintho tse kang tsena hore li boele li etsahale le ho tiisa hore barab’abo rōna ba Azerbaijan ba tsoela pele ho fumana lijo tsa bona tsa moea, taba ena e isitsoe Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho.

Belarus

Ka la 6 November, 2009, Dmitry Smyk, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a lefisoa li-ruble tse 3 500 000 (lidolara tsa Amerika tse 1 154) ha a hana ho etsa mosebetsi oa sesole. Mor’abo rōna Smyk o ile a re: “Ke leka ho tšepahala melaong ea Bibele likarolong tsohle tsa bophelo ba ka ’me ke latela lithuto tsa eona. Ho ’na sena se akarelletsa ho lumela hore motho ha aa lokela ho ithuta ho loana kapa ho ea ntoeng.”—Esa. 2:1-4.

Le hoja Molao oa Motheo oa Belarus o tiisa hore motho o na le tokelo ea ho khetha mosebetsi o mong oa sechaba oo a ka o etsang haeba a sa kene sesoleng, empa ha ho na molao o mo lumellang ho etsa joalo. Mor’abo rōna Smyk o ile a re: “Ho ea kamoo ho ngotsoeng kateng pampiring, ho bonahala eka ke na le tokelo ea ho etsa mosebetsi o mong oa sechaba haeba ke sa kene sesoleng, empa ha e le hantle ke sitoa ho sebelisa tokelo eo.”

E le hore mopresidente oa Belarus a lokise phoso ena ea molao, ka la 18 February, 2010, o ile a theha komisi e le hore e etse molao o mabapi le mosebetsi o mong oa sechaba oo motho a ka o etsang haeba a sa kene sesoleng. Kapele ka mor’a moo, lekhotla le ile la fumana hore Mor’abo rōna Smyk ha a molato ’me la hlakola kahlolo ea hae e boima. Kaha bacha ba bang ba Lipaki ba Belarus ba talimane le bothata bo tšoanang ’me ha ba batle ho ithuta ntoa, re tšepa hore haufinyane ’muso o tla etsa tokisetso ea hore ho be le mosebetsi o mong oa sechaba oo ba ka o etsang ntle le ho kena sesoleng.

Belgium

Ho fihlela ka 1993, mehaho ea Bethele e Brussels, Belgium, e ne e sa khafisoe, joaloka mehaho eohle ea bolumeli ea Belgium. Leha ho le joalo, ka 1993 ba boholong ofising ea lekhetho ba ile ba fetola maoa ’me ba re re tlameha ho lefisoa lekhetho le itseng. Ba ile ba re Bethele ha e sebelisetsoe litaba tsa bolumeli feela, ba re sepheo se seng sa eona ke ho etsa phaello le hore basebeletsi ba Bethele ha ba etse mesebetsi ea bona ea bolumeli ka linako tsohle. Nyeoe ena e ile ea qetella e mametsoe lekhotleng le tlaasana ka 2008, empa moahloli a etsa qeto e tšehetsang ba boholong ofising ea lekhetho. Ho ile ha etsoa boipiletso mabapi le qeto eo ’me ka la 4 May, 2010, lekhotla la maipiletso la fetola qeto ea lekhotla le tlaasana. Ha ba liha kahlolo e ngotsoeng, baahloli ba bararo ba ile ba re: “Bophelo boo Lipaki li bo phelang Bethele bo tsamaisana le tumelo e matla ’me bo hloka hore motho a inehele ka ho feletseng tšebeletsong ea Molimo. . . . Basebeletsi bana kaofela ke litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Tšebeletsong e Khethehileng ea Nako e Tletseng Lefatšeng ka Bophara ’me ba lula ’moho, ba rapela ’moho, ba bina ’moho ba bile ba ithuta Bibele ’moho. Ba boetse ba tšehetsa borapeli ba hoseng bo hlophisoang sebakeng seo ba lulang ho sona.”

Eritrea

Lipaki Tsa Jehova tsa Eritrea li tsoela pele ho mamella mathata a mangata ha li ntse li leka ho sebeletsa Molimo ka botšepehi. Hona joale ho na le Lipaki tse 58 tse koaletsoeng chankaneng, tse akarelletsang basali le bana. Ka lebaka la lithibelo tsa ’muso tse hatellang esita le hore batho ba lula ba sokeloa ka hore ba tla tšoaroa, ho thata ho fumana boitsebiso bo mabapi le batho ba kentsoeng chankaneng. Lipaki Tsa Jehova li nkile lilemo tse ngata li leka ho lopolla balumeli-’moho le tsona ba hoehlang Eritrea ka hore li tšoare lipuisano le batho ba linaheng tse ling. Lipaki li ile tsa ipiletsa ho ba boholong Lefapheng la Litaba Tsa Naha la United States, mokhatlong oa European Union le liofising tsa bonģosa tsa linaha tse sa tšoaneng. Li ile tsa ba tsa kopana le ba bangata ba boholong linaheng tse Lenakeng la Afrika, ba kang baemeli ba mokhatlo oa African Union. Morao tjena Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fana ka lengolo le lethathamo la batšoaruoa ba neng ba e-s’o be lilemong tsa ho kena sesoleng liofising tse 18 tsa bonģosa tsa Eritrea lefatšeng ka bophara. Lengolong lena li ne li ipiletsa ho Mopresidente Afewerki hore a lokolle batšoaruoa bohle ba seng lilemong tsa ho kena sesoleng, ba akarelletsang bana le batho ba hōlileng. Leha ho le joalo, le kajeno ’muso ha o e-s’o arabe.

Greece

Ka la 15 January, 2010, lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la Greece, e leng Lekhotla la Naha, le ile la liha kahlolo e reng Evangelos Delis, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o na le tokelo ea ho hana ho ba lesole le ka bitsoang neng kapa neng ha ho hlokahala. Mor’abo rōna Delis o ne a le sesoleng pele e e-ba Paki ea Jehova, empa ha a bitsoa hore a tl’o ikoetlisa, letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele le ile la mo susumelletsa hore a hane ho fuoa koetliso eo. Le hoja ’Muso o ile oa hana kōpo ea hae ea hore a nkoe e le motho ea hanang ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo, Lekhotla la Naha le ile la qotsa melao ea Tumellano ea Europe Mabapi le Litokelo Tsa Botho, la re motho o na le tokelo ea ho fetola bolumeli ba hae esita le ka mor’a hore a kene sesoleng ’me a ka bolela hore letsoalo la hae ha le mo lumelle ho kenela tšebeletso ea sesole hobane o se a le bolumeling bo bocha. Ha ho pelaelo hore qeto ena e molemo ea lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la Greece e tla thusa batho ba hanang ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo Greece le linaheng tse ling tse kang Armenia, Azerbaijan, Korea Boroa le Turkey.

Portugal

Ka la 25 September, 2009, Lekala la Toka le ile la bolela hore bohle ba ikarabellang ba lumellane ka hore Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova o amoheloe e le Mokhatlo oa Bolumeli o Bileng Teng ka Nako e Telele. Joale Lipaki Tsa Jehova tsa Portugal li behiloe boemong bo phahameng ka ho fetisisa litabeng tsa molao le tsa bolumeli, e leng se li thusang ho phetha tšebeletso ea tsona. Boemo ba tsona bo bocha litabeng tsa molao bo tla tlisetsa batho ba Jehova melemo e mengata, e akarelletsang ho ba le basebeletsi ba lumeletsoeng ho tšoara litšebeletso tsa ho ngolisa manyalo ka molao Liholong Tsa ’Muso le ho kena lipetlele le lichankaneng ho ea thusa batho ba kōpang ho thusoa moeeng.

Puerto Rico

Qetong ea bohlokoa e ileng ea etsoa ka la 27 January, 2010, Lekhotla le ka Holimo-limo la Puerto Rico le ile la tšehetsa tokelo ea motho e moholo ea kulang ea ho hana ho phekoloa ka tsela e itseng. Lekhotla le ile la boela la lumela hore mokuli o na le tokelo ea ho tlatsa tokomane e bolelang esale pele hore na a phekoloe joang le hore a khethe motho ea ka mo emelang litabeng tsa bophelo bo botle ea tla mo buella ha a se a sa khone ho ipuella. Mora e mong oabo rōna ea bitsoang Victor Hernandez o ile a tlatsa tokomane ena e fanang ka litaelo pele a kena sepetlele. Pejana lekhotla le tlaasana le ile la hana ho hlompha qeto ea Mor’abo rōna Hernandez litabeng tsa phekolo joalokaha e ne e ngotsoe tokomaneng eo e bile e tšehetsoa ke motho ea mo emelang litabeng tsa bophelo bo botle. Ha Lekhotla le ka Holimo-limo le etsolla qeto ea lekhotla le tlaasana, le ile la bolela hore “batho ba na le tokelo ea mantlha ea ho sireletsa ’mele ea bona hore e se ke ea hlekefetsoa ’me ha ho ea ka hanyetsang seo.” Lipaki Tsa Jehova tsa Puerto Rico tse fetang 25 000 hase tsona feela tse ruang molemo tlhōlong ena empa le bakuli ba bang bohle ho pholletsa le sehlekehleke seo ba rua molemo.

Russia

Morao tjena mosebetsi oa batho ba Jehova o tsamaisoang ke moea o tobane le litšokelo tse matla ka ho fetisisa ho tloha ha Soviet Union e oa. Ka la 8 December, 2009, Lekhotla le ka Holimo-limo la Russia le ile la tšehetsa qeto ea lekhotla le tlaasana la Rostov ’me seo sa fella ka hore ho koaloe Phutheho ea Taganrog, ho nkoe Holo ea eona ea ’Muso ka likhoka ho be ho phatlalatsoe hore likhatiso tsa rōna tse 34 li nkoa e le tse fetelletsang litaba, ho akarelletsa le libuka tse baloang libakeng tse ngata haholo tse kang ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele le ea “Tloo U be Molateli oa Ka.”

Libeke tse ’maloa hamorao, Lekhotla le ka Holimo-limo la Rephabliki ea Altay, e Russia boroa, le ile la liha kahlolo e tšoanang mabapi le mokhatlo oa rōna oa bolumeli o motseng oo oa Gorno-Altaysk, e leng se ileng sa fella ka hore likhatiso tse ling tse 18 li thathamisoe har’a tseo ho thoeng ke tse fetelletsang litaba. Liqeto tsa makhotla ana li entse hore hajoale re se ke ra khona ho kenya likhatiso tse lethathamong leo ka har’a naha ea Russia. Ho phaella moo, liqeto tseo tsa lekhotla li entse hore lira tsa Kreste li se ke tsa tšaba ho sokela balateli ba hae ba phelang ka khotso metseng e fapa-fapaneng le ho ba hlasela. Ho tloha ha ho lihuoa qeto eo ea la 8 December, ho tlalehiloe liketsahalo tse fetang 300 tsa hore barab’abo rōna ba ile ba hlaseloa, ba tšoaroa, matlo a bona a phenyekolloa esita le lintho tse ling tse ileng tsa ba sitisa ho rapela Jehova.

Ha litšokelo tsena li ntse li ata, Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho ajoe lipampitšana tse khethehileng tse limilione tse 12 tse nang le sehlooho se reng Could It Happen Again? A Question for the Citizens of Russia. Pampitšana eo e ile ea bontša ka ho hlaka kamoo mahloriso a Lipaki Tsa Jehova nakong ea puso ea Makomonisi a tšoanang le mathata ao li tobanang le ’ona hona joale. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa aba pampitšana ena e khethehileng Russia eohle pakeng tsa la 26 le la 28 February, 2010. Le hoja ho ne ho bata hoo mohatsela o neng o fihla likhatong tse 40 tsa Celsius ka tlas’a ntlha ea khoamo, liphutheho tse ngata li ile tsa aba lipampitšana tsohle tsa tsona ka matsatsi a mabeli feela.

Ka la 26 April, 2010, Lefapha la Litšebeletso Tsa ’Muso le Tsamaisang Likhokahanyo, Theknoloji e Amanang le Boitsebiso le Phatlalatso (Roskomnadzor) le ile la busetsa molamu sefateng ka ho hlakola lengolo le re lumellang ho kenya limakasine leha e le life tse ncha tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka har’a naha.

Leha ho le joalo, “letsoho la Jehova ha lea khutsufala hoo le ke keng la pholosa.” (Esa. 59:1) Ka la 10 June, 2010, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) le ile la liha kahlolo ea bohlokoa e khahlanong le Russia e tšehetsang mesebetsi e amanang le ’Muso oa Molimo. Qeto ea lona nyeoeng ena, e neng e e-na le sehlooho se reng Jehovah’s Witnesses of Moscow v. Russia, e ile ea phatlalatsa hore ho qhaloa le ho thibeloa ha mosebetsi oa Mokhatlo oa Moscow oa Lipaki Tsa Jehova ho khahlanong le molao ebile ke ho hatakela litokelo tsa mantlha tsa botho tsa tokoloho ea ho nahana, ea letsoalo le ea bolumeli. Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow o ile oa qhaloa oa ba oa thibeloa ka la 26 March, 2004, ’me seo sa fella ka hore batho ba eketsehileng ba hlekefetsoe ba be ba tšoaroe hampe. Kahlolo ena e bolela ka ho hlaka hore ’muso oa Russia “o tlangoa ke molao . . . hore o khaotse liketso tsa tlōlo ea molao tseo Lekhotla le fumaneng hore o molato oa tsona ’me o lokise liphello tsa tsona ka hohle kamoo ho ka khonehang.”

Qeto ena ea bohlokoa e lumellana le liqeto tse entsoeng linyeoeng tse robong tseo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa li hlōla ka makhotleng Afrika Boroa, Canada, Japane, Russia, Spain, United Kingdom le United States, esita le liqeto tse robeli tse ileng tsa lihuoa ke ECHR ka boeona pejana tse neng li emela Lipaki Tsa Jehova. Ka ho etsa joalo, lekhotla le ile la tiisa hore ECHR e sa ntse e lumela hore linyeoe tse sebelitsoeng pele ho moo li sebelitsoe hantle. Lekhotla le ile la ipapisa le Tumellano ea Europe Mabapi le Litokelo Tsa Botho hammoho le liqeto tse entsoeng pele ho moo, eaba le bolela hore Lipaki Tsa Jehova ha li na molato liqosong leha e le life tseo ba boholong Russia ba li qosang ka tsona.

Lekhotla le ile la re: “Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova o qositseng o bile teng Moscow oa ba oa sebetsa ka molao ka lilemo tse fetang leshome le metso e ’meli, e leng ho tloha ka 1992 ho fihlela ka 2004. Nakong ena eohle eo ka eona mokhatlo ona o qositseng o neng o sebetsa ka molao, baholo ba oona le litho tsa oona ho hang ha ba e-s’o fumanoe ba le molato oa tlōlo leha e le efe ea molao kapa ho se mamele melao ea tsamaiso kapa ho ameha phosong leha e le efe litšebelisanong tsa bona le sechaba.” Ka lebaka leo, lekhotla le ile la liha qeto ea hore litokelo tsa Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa hatakeloa, ho phaella moo la re, “’Muso o qositsoeng o tlangoa ke molao . . . hore o khethe . . . mekhoa eo o tla e sebelisa tsamaisong ea oona ea molao hore o khaotse liketso tsa tlōlo ea molao tseo Lekhotla le fumaneng hore o molato oa tsona.”

Ka la 9 September, 2010, ’muso oa Russia o ile oa kōpa hore nyeoe ena e fetisetsoe Moifong o Moholo oa lekhotla lena ’me ha ho pelaelo hore leo e ne e mpa e le leqheka la hore o liehe ho phetha boikarabelo ba oona ba ho iphaphatha le qeto ea lekhotla. Ho sa tsotellehe hore na thato ea Jehova ke ho lumella Moifo o Moholo oa lekhotla lena ho hlahloba qeto ena kapa che, re ka kholiseha hore ho tla ’ne ho fanoe ka bopaki bo babatsehang.

Serbia

Ka mor’a hore re e hlanake makhotleng ka lilemo tse ka bang ’nè, Lekala la Litaba Tsa Bolumeli la Serbia le ile la qetella le ngolisitse “Lipaki Tsa Jehova—Mokhatlo oa Bakreste oa Bolumeli” Lethathamong la Likereke le Mekhatlo ea Bolumeli ea Serbia. Ho fihlela ka nako eo, lekala leo le ne le hanne ka makhetlo a mararo ha re kōpa ho ngolisoa, le hoja lihlopha tsa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo, li bile teng sebakeng sena ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1920. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Lekhotla le ka Holimo-limo la Serbia le etse liqeto tse peli tse re emelang, Lekala la Litaba Tsa Bolumeli la Serbia le ile la amohela kōpo ea rōna ea hore re ngolisoe.

Nakong e fetileng, lira tsa rōna—tse neng li thusoa ke mecha ea phatlalatso—hangata li ne li leka ho senya Lipaki Tsa Jehova lebitso ka ho re ke lequloana le kotsi. Ha ho potang hore ha e le mona li ngolisitsoe e le mokhatlo oa bolumeli oa molao, hoo ho tla thusa batho ba ratang ’nete ba Serbia ho bona hore Lipaki Tsa Jehova ke baahi ba molemo ba hlomphang molao le hore ho hang li ke ke tsa e-ba kotsi sechabeng kapa ho motho leha e le ofe. Molemo oa pele oo li ileng tsa o rua ka lebaka la ho ngolisoa, e bile hore li ka romelloa lingoliloeng tsa Bibele le lintho tse ling tse sebelisoang libokeng le mosebetsing oa boboleli li sa lefisoe lekhetho la thepa e kenang ka har’a naha.

Slovenia

Ka la 27 November, 2009, “Lipaki Tsa Jehova—Mokhatlo oa Bakreste oa Bolumeli” o ile oa ngolisoa lethathamong la likereke le mekhatlo e meng ea bolumeli le tlas’a ’muso oa Rephabliki ea Slovenia. Motsamaisi oa Ofisi ea ’muso ea Mekhatlo ea Bolumeli o ile a tsebisa baemeli ba rōna hore har’a mekhatlo ea bolumeli ea Slovenia e 40 e akarelletsang lihlopha tsa bolumeli, “Lipaki Tsa Jehova—e leng Mokhatlo oa Bakreste oa Bolumeli” ke oa borobeli o atlehileng ho ngolisoa bocha tlas’a Molao o mocha oa Tokoloho ea Bolumeli. Ho ngolisoa ka tsela ena ho tla etsa hore basebeletsi ba nako e tletseng ba fumane melemo e itseng eo ’muso o e fang batho bohle ba etsang mesebetsi ea bolumeli ka nako e tletseng.

Turkey

Lipaki Tsa Jehova tsa Mersin li ne li se li qetile lilemo tse ka bang 20 li sebelisa Holo ea tsona ea ’Muso. Eaba ka August 2003 ba boholong baa e koala hobane ba re li tlōtse molao oa kaho ea libaka. Le hoja barab’abo rōna ba ile ba etsa matsapa a ho rarolla bothata bona ka ho ipiletsa makhotleng, ka la 30 December, 2009, lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la Turkey le ile la hana boipiletso ba bona ’me la tšehetsa qeto ea ofisi ea ’musisi oa Mersin. Hona joale barab’abo rōna ba entse boipiletso lekhotleng la ECHR.

LERATO LA BARA BA MOTHO LE BONTŠOA KA LIKETSO HAITI

Ka la 12 January, 2010, ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše e matla e ileng ea baka tšenyo e khōlō motse-moholo oa Haiti, e leng Port-au-Prince le libakeng tse o potolohileng. Ho ile ha shoa batho ba makholo a likete ’me ba bang ba bangata ba tlameha ho tloha mahaeng a bona. Lipaki Tsa Jehova tse likete li ile tsa senyeheloa ke matlo a tsona ’me tse 154 tsa hlokahala. Tse ling tse ngata li ile tsa lemala hampe kapa tsa phonyoha ka soba-la-nale.

Acloque o ne a le ha hae ha tšisinyeho ena e qala. Mabota a ile a sekama eaba litene lia oa, tsa mo tlapisa pakeng tsa fuluru le siling e oeleng. Leha ho le joalo, ha aa ka a lemala hampe, kahoo o ile a qala ho phopholetsa har’a lefifi. Acloque o re: “Ke ile ka tšoara emere ea metsi lehlakoreng. Ha ea ka ea sisinyeha, empa ke ile ka khona ho qopetsa menoana ka har’a metsi ’me ka kenya marotholi a seng makae ka hanong. Ke ile ka fumana lejoe leo ke neng nka kokota ka lona ka tšepo ea hore ho na le motho ea tla utloa hore ke maqakabetsing.” O ile a qala ho rapella thuso ’me a tsoela pele ho kokota ka lejoe ha a ntse a letile.

Acloque o re: “Ke ne ke se na oache kahoo ke sa tsebe hore na ke nako mang. Qalong ke ile ka lla ’me ka kōpa Jehova hore a mpholose. Empa ha nako e ntse e feta, ke ile ka fetola thapelo ea ka. Ka re: ‘Kea tseba hore u tla ntsosa bafung. Empa ke sa le mohlankana! Haeba ke sa shoe, nka tsoela pele ho u sebeletsa.’”

Butle-butle Acloque o ile a utloa hore o se a le makhatheng a lefu, a qetella a se na le matla a ho kokota ka lejoe. Eaba oa akheha.

Ha Acloque a hlaphoheloa, Lipaki tse neng li pholosa batho li ne li ntse li leka ho fihla ho eena. O re: “Ka tšohanyetso konkreite e ile ea oela pel’a moomo oa ka. Ke ile ka hlokomela hore e ’ngoe e tla nkotla lengoleng, kahoo har’a lefifi leo, ka ntša letsoho le lesobeng eaba ke tšoara mosebeletsi oa pholoho sephakeng.” Ho e-s’o ee kae Acloque o ile a lokoloha. O ne a qetile matsatsi a mane a hateletsoe ke maloanlahla.

MOSEBETSI OA LIPHALLELO O ETSOANG KA POTLAKO

Le pele ho feta lihora tse 24 ka mor’a tšisinyeho eo ea lefatše, ho ile ha fihla ngaka ea pele ea Paki e tsoang lekaleng la Dominican Republic. Ho ile ha latela letoto la Lipaki tse neng li tlil’o thusa ka tsa bongaka le pholoso, hammoho le ho aba liphallelo. Kapele-pele ho ile ha etsoa sepetlele sa nakoana ka har’a jarete ea lekala, moo bakuli ba Lipaki le bao e seng Lipaki ba fetang 1 000 ba ileng ba thusoa teng.

Har’a bakuli bao ho ne ho e-na le baroetsana ba babeli, bao ka bobeli ba neng ba khaohile matsoho a matona. Mylène, e leng e mong oa baithaopi, o re: “Joaloka bakuli bohle ba se nang balekane ba khaohileng matsoho kapa maoto, ba ne ba tšoenyehile ka hore ba ke ke ba hlola ba nyaloa kapa ba e-ba le bana.” Ka lebaka leo, Mylène o ile a buisana le morali e mong oabo rōna oa Fora eo a neng a tseba hore o ile a khaoha letsoho e sa le ngoana ka lebaka la kotsi ea koloi ’me a mo kōpa hore a khothatse baroetsana bana ba babeli. Morali eo oabo rōna oa Fora o ile a romela lifoto tsa hae ka e-mail moo a nang le monna oa hae le bana ba babeli ba batle. Bakuli bana ba babeli ba sa ntseng ba le bacha lilemong ba ile ba tšeliseha haholo ha ba li bona ’me hona joale ba tloaela boemo ba bona bo bocha.

Ntle le lijo, liaparo le meriana, batho ba phonyohileng ba ne ba hloka matlo ka potlako. Baithaopi ba Lipaki ba Haiti le ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba etsa polane ea matlo a nakoana a 1 700 ba ba ba a haha e le hore malapa a Lipaki a senyehetsoeng ke matlo a se ke a neloa ke pula a be a sireletsehe. Ka June basebeletsi ba liphallelo ba ne ba se ba qalile ho haha Liholo Tsa ’Muso tsa nakoana ’me ka July ba boholong ba ile ba qala ho fana ka litokomane tsa tumello ea hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso tse tla sebelisoa mocha-o-chele.

BA PHEKOLOA ’MELENG, MAIKUTLONG LE MOEENG

Ka March mor’abo rōna e mong oa ngaka eo ka ho khetheha a sebetsanang le bakuli ba ferekaneng maikutlo ka lebaka la ho tšoha o ile a kopana baholo ba liphutheho tse 115 tse anngoeng ke tšisinyeho ea lefatše. Ngaka ena e ile ea fa baholo likeletso tse molemo mabapi le ho fa litho tsa phutheho tse ferekaneng maikutlo tšehetso ea moea. Ka mor’a moo, ngaka ena e ile ea buisana le e mong le e mong oa bara le barali babo rōna ba fetang 100, ba neng ba hloka thuso e khethehileng.

Nakoana ka mor’a tšisinyeho ena, David Splane eo e leng setho sa Sehlopha se Busang o ile a ea Haiti ho ea tšelisa barab’abo rōna le ho ba khothatsa. Mor’abo rōna Splane, ea tsebang Sefora, o ile a fana ka puo kopanong ea potoloho, ka mor’a moo a buisana le lelapa la Bethele, baromuoa le balebeli ba potoloho. Kaofela ba ile ba ananela ka ho teba kameho ea hae e lerato esita le tsela eo ka eona Sehlopha se Busang se ba hlokomelang ka mosa.

Ho sa tsotellehe mathata ana a neng a bonahala e le a matonanahali, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ea Secreole sa Haiti e ile ea phethoa, ea hatisoa ea ba ea romeloa lekaleng leo. Libibele tseo tse ncha li ile tsa fihla ho setse lihora tse seng kae feela pele ho nako eo li neng li lokela ho lokolloa ka eona kopanong ea setereke ea July. Le har’a lintho tsena tse etsahetseng ka potlako ka 2010, ho tloha ha ho ajoa liphallelo tsa pele ho fihlela hona joale, e mong le e mong ea amehang o bone tataiso ea Jehova e sa khaotseng hammoho le tšehetso ea hae ka litsela tse khōlō le tse nyenyane. Nako le nako thepa e sebelisoang le lipalangoang li ne li fumaneha ka nako e nepahetseng le ka litsela tse hlophisehileng hoo ho neng ho se ea ka reng seo se etsahetse feela ka tsietsi ’me hoa tšoana le ka basebetsi. Moromuoa e mong eo e leng khale a li bona o re: “U ke ke ua utloisisa sena ntle leha u ne u le mona hore u iponele ka mahlo hore ruri Jehova ke eena ea neng a tataisa lintho.”

HO NEHELOA HA MAKALA HO TLOTLISA MOLIMO

Letsatsi la la 13 February, 2010, ke leo Lipaki Tsa Jehova tsa Solomon Islands li ke keng tsa le lebala. Stephen Lett, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea ho nehela mehaho e mecha ea lekala le sebakeng seo. Clement Fa’abasua, eo e leng eena Paki ea pele naheng eo, e ne e le e mong oa batho ba 368 ba neng ba le teng. Khoeli pele ho moo ho ile ha lokisetsoa hore batho ba sebakeng seo ba memeloe ho tla bona mohaho o mocha oa lekala ’me ho ile ha tla batho ba 273. E mong oa baeti bao, eo e leng setsebi sa meralo ea ho haha, o ile a ngola tjena koranteng e khōlō ea sechaba: “Ka kakaretso mehaho ena [ea lekala] e itlhomme pele. Ke mohlala o bontšang batho ba Solomon Islands hore na ho ka etsoa’ng mona ho sa tsotellehe hore na ke mang ea tla sebelisa mohaho. Ho ka thoe motho ea entseng lipolane, basebetsi ba mefuta e sa tšoaneng le batsamaisi ba sebaka seo ba entse lehakoe paradeiseng.”

Ho ile ha tšoaroa lenaneo le sa lebaleheng la ho nehela ofisi ea lekala ea Estonia ka Moqebelo oa la 3 April 2010. Batho ba 438 ba neng ba le teng ba ile ba thabela lenaneo leo haholo, le neng le akarelletsa puo e ileng ea fanoa ke Christian Muntean, ea tsoang lekaleng la Greece. Barab’abo rōna ba ne ba ile ba reka mohaho oa mekato e ’meli, o setšeng se bapileng le lekala, oo e neng e le oa k’hamphani ea metsi ea sebakeng seo. Mohaho ona o nchafalitsoeng o akarelletsa lefapha le rekotang thepa e mameloang le e shebelloang ebile o na le litlelase tsa likolo tse kang Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha.

Naheng ea Latvia e haufi le moo, ho ile ha neheloa lekala ka la 10 April, 2010. Ka mor’a hore litaba tse molemo li boleloe ka lekhetlo la pele Latvia ka 1918, mosebetsi oa rōna o ile oa hanyetsoa ka matla ka lilemo tse mashome. Leha ho le joalo, mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o tsoela pele hantle Latvia ’me baeti ba 248 ba tsoang linaheng tse robong hammoho le bara le barali babo rōna ba sebakeng seo ba ile ba e-ba teng ho tla mamela Christian Muntean ha a fana ka puo ea ho nehela lekala lena.

Ka Moqebelo oa la 8 May, 2010, batho ba fetang 2 200 ba ile ba thabela puo ea ho nehela lekala la Paraguay, e neng e fanoa ke Gerrit Lösch, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang. Ho hahiloe mohaho oa bolulo o nang le likamore tse 32 ha ba ha hahoa liofisi tse ncha ’me mohaho oa bolulo oa khale oa lokisoa oa ba oa ntlafatsoa. Ho phaella moo, ho ile ha hahoa tanka ea metsi ka tlas’a lefatše, e tšelang lilithara tse 40 000. Ho tloha sethathong feela, ba boholong sebakeng seo ba ile ba khotsofala haholo ha ba bona mosebetsi o tsoileng matsoho o entsoeng ke baithaopi ba tsoang linaheng tse ling le ba sebakeng seo. Ofisiri e ’ngoe e ile ea re ho bile le mathata a mangata mehahong ea malumeli a mang empa Lipaki Tsa Jehova li tumme ka ho etsa lintho tsohle ka tsela e nepahetseng. Ka lebaka leo, ha hoa ka ha e-ba thata ho fumana tumello ea ho haha lekala.

Ka Moqebelo oa la 29 May, 2010, bara le barali babo rōna ba ka bang 500 ba tsoang linaheng tse 12 ba ile ba bokana lekaleng la Papua New Guinea, ho tla utloa puo ea ho nehela lekala e ileng ea fanoa ke Winston Payne, ea tsoang lekaleng la Australia. Lekala lena le atolositsoeng le akarelletsa mohaho oa mekato e mene o nang le likamore, moo ho jeloang teng, kichine le moo ho hlatsuoang liaparo; mohaho oo batho ba sebeletsoang ho oona o nang le Holo ea ’Muso; le mohaho o moholo oa ofisi ea phetolelo. Batho ba neng ba mametse puo ena ba ne ba akarelletsa sehlopha sa Lipaki se ileng sa tsamaea ka maoto ka matsatsi a tšeletseng lithabeng tse matsutla-tsutla e le hore se fihle moo. Sehlopha sena se ne se apere Seorokaiva ’me se ile sa amohela baeti ba bang ka mofuthu ka motjeko le ’mino. Morali e mong oabo rōna eo e leng khale a li bona o ile a bolela maikutlo a ba bangata ha a bua a sekisitse meokho a re, “Kajeno ke ikutloa eka ke se ke le Paradeiseng!”

“LE ’NE LE BEHE LITHOLOANA TSE NGATA”

Ha ho pelaelo hore mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang li kopane o tsoela pele ho rorisa Molimo. Jesu o ile a re: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata ’me le be barutuoa ba ka.” (Joh. 15:8) Kaha Jehova oa li hlohonolofatsa ebile o li tataisa ka lerato, li tla ikitlaelletsa hore li ‘tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore li mo khahlise ka botlalo ha li ntse li tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo le ho hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo, li ntse li etsoa tse matla ka matla ’ohle ho isa tekanyong ea bonatla ba hae bo khanyang e le hore li mamelle ka botlalo ’me li tiisetse ka thabo.’—Bakol. 1:10, 11.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Natsue o ile a boela a qala ho ithuta Bibele

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Ba etsang liphuputso ba netefatsa boitsebiso ka hloko

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Korea

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Mexico

[Litšoantšo tse leqepheng la 14]

Afrika Boroa

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Stephen Lett ha a le ho e ’ngoe ea likopano machaba tsa Hawaii

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Dmitry Smyk

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Evangelos Delis

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Lengolo le tsoang Lekaleng la Toka

[Setšoantšo se leqepheng la 33]

Lipaki tse neng li tlil’o thusa ka tsa bongaka li ile tsa fihla kapele ka mor’a tšisinyeho

[Setšoantšo se leqepheng la 33]

Baithaopi ba Lipaki ba Haiti le ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba etsa polane ea matlo a nakoana a 1 700 ba ba ba a haha

[Setšoantšo se leqepheng la 34]

“Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste” e ile ea lokolloa ka Secreole sa Haiti

[Setšoantšo se leqepheng la 36]

Mohaho o atolositsoeng oa lekala la Estonia

[Setšoantšo se leqepheng la 37]

Lekala la Paraguay

[Litšoantšo tse leqepheng la 37]

Winston Payne o ile a fana ka puo ea ho nehela lekala la Papua New Guinea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela