Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Mongoli oa Liproverbia 30:18, 19 o ile a re ‘a ke ke a utloisisa’ “boitšoaro ba monna ha a e-na le moroetsana.” O ne a bolela eng?
Mantsoe a litemaneng tsena, a emisa batho ba bangata lihlooho, ho akarelletsa le litsebi. Litemana tsena ho Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha li re: “Ho na le lintho tse tharo tseo nke keng ka li utloisisa [kapa, “tse ’makatsang haholo,” nal.] le tse ’nè tseo ke sa li utloisiseng: Ntsu e fofang maholimong, noha e hahabang holim’a lefika, sekepe se tsamaeang bohareng ba leoatle le boitšoaro ba monna ha a e-na le moroetsana.”—Liprov. 30:18, 19.
Pele re ne re utloisisa hore polelo e reng “boitšoaro ba monna ha a e-na le moroetsana” e hlalosa ntho e mpe. Hobane’ng? Litemana tse ling khaolong ena, li bua ka lintho tse ling tse mpe tseo ho seng mohla li reng “ho lekane.” (Liprov. 30:15, 16) Temana ea 20 e bua ka “mosali ea febang” ea reng ha a etsa letho le phoso. Ke kahoo re neng re nahana hore joalokaha ntsu e fofang maholimong, noha e hahabang holim’a lefika kapa sekepe se tsamaeang bohareng ba leoatle li sa siee mohlala, le monna a ka ’na a se ke a siea mohlala oa liketso tsa hae. Tumellanong le tlhaloso eo, re ne re utloisisa hore polelo e reng “boitšoaro ba monna ha a e-na le moroetsana” e hlalosa ntho e mpe, e leng ha mohlankana a qhekella moroetsana hore a robale le eena, moroetsana a sa hlokomele.
Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang a hore re lumele hore litemana tsena li bua ka ntho e ’ngoe e ntle. Mongoli o ne a mpa feela a hlolletsoe ke lintho tse hlahang litemaneng tsena.
Libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu li boetse li bontša hore temana ena e bua ka ntho e ntle. Ho ea ka buka ea Theological Lexicon of the Old Testament, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “tseo nke keng ka li utloisisa” ho Liproverbia 30:18 “le bontša ketsahalo . . . e ikhethang, e ke keng ea etsahala ebile e le e hlollang ho motho.”
Moprofesa Crawford H. Toy oa Univesithi ea Harvard e Amerika le eena o re temana ena e hlalosa ntho e ntle. O ile a re: “Ntlha ke hore lintho tseo ho buuoang ka tsona mona lia hlolla.”
Kahoo, hoa utloahala ho lumela hore mantsoe a ho Liproverbia 30:18, 19 a hlalosa lintho tse hlollang e le kannete, tseo re ke keng ra li utloisisa. Joaloka mongoli enoa oa Bibele, le rona re hlolloa ke tsela eo ntsu e fofelang holimo ka eona, kamoo noha e hahabang kapele kateng lefikeng, kamoo sekepe se boima se ka tsamaeang holim’a leoatle le kamoo mohlankana le moroetsana ba ka ratanang kateng ba ba ba phela ba thabile hammoho.