PALE EA BOPHELO
Jehova o re Thusitse ho ‘Beha Litholoana Hohle Moo re Jetsoeng Teng’
HO KA bonahala eka keletso ena e reng, “beha litholoana moo u jetsoeng” ha e utloahale. Empa Mats le Ann-Catrin, e leng banyalani ba tsoang Sweden ba ile ba “jaloa” ka makhetlo a mangata. Seo se ile sa etsahala Joang, hona keletso eo e ile ea ba thusa joang?
Mora le morali oa bo rona Kassholm ba ile ba ea Sekolong sa Gileade ka 1979 ’me ho theosa le lilemo ba ile ba “jaloa” kapa ba fuoa likabelo tsa ho sebeletsa naheng ea Iran, Mauritius, Myanmar, Tanzania, Uganda le Zaire. Ha ba ne ba le Sekolong sa Gileade, morupeli oa bona e leng Jack Redford, o ile a ba fa keletso e ileng ea ba thusa haholo ha ba ntse ba “jaloa,” “ba ntšoa ka metso” le “ho jaloa hape” ka makhetlo. Ak’u re ba re qoqele.
Mor’abo rona Mats, ak’u re bolelle hore na u fumane linnete joang.
Mats: Ha re ntse re lula Poland nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, ntate oa ka o ile a bona boikaketsi bo bongata Kerekeng ea Kh’atholike. Leha ho le joalo, o ne a lula a re: “E tlameha ebe ho na le moo ’nete e fumanehang teng.” Ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlokomela hore ntate oa ka o ne a bua ’nete. Ke ile ka reka libuka tse ngata tse seng li sebelisitsoe. E ’ngoe ea libuka tseo e ne e le buka e putsoa e nang le sehlooho se reng ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Sehlooho seo se ile sa hapa thahasello ea ka ’me ke ile ka bala buka eo kaofela bosiung bona boo. Ha ke qeta buka eo, ke ile ka kholiseha hore ke fumane ’nete.
Ho tloha ka April 1972, ke ile ka bala lingoloa tse ngata tsa Lipaki Tsa Jehova ’me ka fumana likarabo tsa lipotso tseo ke neng ke ipotsa tsona mabapi le Bibele. Ke ile ka utloa ke tšoana le rakhoebo ea hlahang papisong ea Jesu, eo ka mor’a hore a fumane perela e le ’ngoe ea boleng bo phahameng, a ileng a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona e le hore a ka e reka. Pakane ea ka e ne e le ho ea univesithi e le hore ke ithutele ho ba ngaka, empa ke ile ka “rekisa” seo sohle e le hore ke reke “perela” e leng ’nete eo ke ileng ka e fumana. (Mat. 13:45, 46) Ke ile ka kolobetsoa ka la 10 December 1972.
Pele selemo seo se fela, batsoali ba ka le moena oa ka ba ile ba ithuta ’nete ’me ba kolobetsoa. Ka July 1973, ke ile ka ba pula-maliboho ea kamehla. Phuthehong ea rona ho ne ho e-na le bopula-maliboho ba chesehang, empa har’a bona ho ne ho e-na le morali oa bo rona Ann-Catrin ea neng a le motle a bile a rata Jehova haholo. Kahoo re ile ra ratana eaba re nyalana ka 1975, ka mor’a moo ra qeta lilemo tse ’nè re le toropong e ntle ea Strömsund e Sweden, moo batho ba bangata ba neng ba thabela ho ithuta ’nete.
Ann-Catrin: Ha ntate oa ka a se a ntse a tl’o qeta lithuto tsa hae univesithing e Stockholm o ile a qala ho ithuta linnete. Ke ne ke le likhoeli li tharo feela ka nako eo, empa ntate oa ka o ne a tsamaea le ’na ha a ea libokeng le tšimong. ’Mè oa ka o ne a sa rate sena ’me o ile a leka ho batla bopaki ba hore Lipaki Tsa Jehova ha li rute ’nete. Empa ha aa ka a atleha ’me ha nako e ntse e ea le eena o ile a kolobetsoa. Ke ile ka kolobetsoa ha ke le lilemo li 13, ’me ka ba pula-maliboho ea kamehla ha ke le lilemo li 16. Ka mor’a ho ea Umeå, moo ho neng ho e-na le tlhokahalo, ke ile ka sebeletsa ke le pula-maliboho e khethehileng.
Ka mor’a hore ’na le Mats re nyalane, re ile ra thabela ho thusa batho ba bangata ho ithuta ’nete. Har’a bona e ne e le ngoanana ea bitsoang Maivor, ea ileng a tlohela lipapali e le hore e ka ba pula-maliboho ea kamehla. Ba ne ba sebetsa hammoho le ngoan’eso oa ngoanana. Ba ile ba memeloa ho ea Sekolong sa Gileade ka 1984 ’me hona joale ba sebeletsa e le baromuoa Ecuador.
Ha le ntse le phetha likabelo tsa lona joaloka baromuoa, le ile la latela keletso ea ho “beha litholoana moo le jetsoeng” joang?
Mats: Re ne re “jaloa hangata” ka hore re fuoe likabelo tse ncha. Empa re ile ra leka ho lula re “metse ka metso” likabelong tsa rona ka hore re etse sohle seo re ka se khonang ho etsisa Jesu, haholo-holo boikokobetso ba hae. (Bakol. 2:6, 7) Ka mohlala, re ile ra leka ho ithuta tsela eo bara le barali ba bo rona ba lulang moo ba etsang lintho ka eona, ho e-na le ho lebella hore bona ba tloaele tsela eo rona re etsang lintho ka eona. Re ne re batla ho utloisisa setso sa bona le tsela eo ba nahanang ka eona. Ha re ne re etsisa Jesu, re ne re utloa eka ‘re lenngoe haufi le melapo ea metsi’ e le hore re ka beha litholoana likabelong tsohle tsa rona.—Pes. 1:2, 3.
Ha re ne re le Zaire re ne re lula re tsamaea
Ann-Catrin: E le hore sefate se hole ka mor’a hore se lengoe hape, se hloka mofuthu oa letsatsi. Ka linako tsohle Jehova o ile a e-ba joaloka “letsatsi” ho rona. (Pes. 84:11) O ile a re fa bara le barali ba bo rona ba ileng ba re bontša lerato le mofuthu. Ka mohlala, phuthehong e nyenyane eo re neng re le ho eona e Tehran, naheng ea Iran, bara le barali ba bo rona ba ile ba re amohela ka mofuthu ’me seo se ile sa re hopotsa mehlala e ka Bibeleng ea batho ba ileng ba bontša kamohelo e joalo. Le hoja re ne re ka thabela ho lula Iran, ka July 1980, ’muso o ile oa thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova naheng eo, ’me re ile ra fuoa matsatsi a mabeli feela hore re tsamaee. Re ile ra fuoa kabelo e ncha ea ho sebeletsa Afrika naheng ea Zaire (eo hona joale e tsejoang e le Congo).
Linako tse monate tseo re bileng le tsona ha re le kabelong ea rona Zaire ka 1982
Ke ile ka lla ha ke utloa hore re il’o sebeletsa naheng ea Afrika. Ke ne ke tšohile haholo ka lebaka la seo ke neng ke se utloile ka linoha le mafu a Afrika. Empa metsoalle ea rona ea hlooho ea khomo e sebelelitseng moo nako e telele, e ile ea re ho rona: “Ha le e-s’o be Afrika, e feng nako le tla e rata. Le tla bona!” Kannete re ile ra e rata! Bara le barali ba bo rona ba moo ba lerato haholo. Ha e le hantle, ha re ne re lokela ho tloha Zaire ka mor’a lilemo tse tšeletseng ka lebaka la ho thibeloa ha mosebetsi oa rona, ke ile ka bososela ke le mong hobane ke ile ka hlokomela hore hona joale ke ne ke rapela Jehova, ke re: “Jehova hle, ke kopa u re lumelle re lule Afrika.”
Ke lintho life tseo le ileng la li thabela tšebeletsong ea lona?
Ena ke “kamore” ea rona ha re le Tanzania ka 1988
Mats: E ’ngoe ea lintho tseo ke li thabetseng ke ho etsa setsoalle le baromuoa ba tsoang linaheng le litsong tse fapaneng. Hape libakeng tse ling tseo re neng re abetsoe ho sebetsa ho tsona, re ne re khanna lithuto tse ka bang 20 motho ka mong ’me seo se ne se re thabisa hona hoo! Hape nke ke ka lebala lerato le kamohelo e mofuthu eo bara le barali ba bo rona ba Afrika ba re bontšitseng eona. Ha re ne re etetse liphutheho tse Tanzania, re ne re paka koloi ea rona ha bara le barali ba bo rona ’me re robala ka koloing (Kombi) eo ea rona ea Volkswagen. Ba ne ba etsa bonnete ba hore re na le sohle seo re se hlokang ’me ba ne ba ‘fana ho feta kamoo ba neng ba ka khona’ le hoja ba ne ba futsanehile. (2 Bakor. 8:3) Nako ea bohlokoa haholo ho rona e ne e le ha re qoqa ka hore na ho bile joang letsatsing leo ’me re leboha Jehova ka hore o bile le rona. Re ne re rata ho bitsa nako ena nako ea lipale.
Ann-Catrin: ’Na ke thabetse ho tseba bara le barali ba bo rona linaheng tse ngata. Re ile ra ithuta lipuo tse ngata tse akarelletsang Sefarsi, Sefora, Seluganda le Seswahili, ha ka nako e tšoanang re ntse re thabela ho ithuta litso tse sa tšoaneng. Re ile ra koetlisa bara le barali ba bo rona ba bacha, ra etsa metsoalle ea ’nete, ’me ra sebetsa le bona “mahetla a bapile” tšebeletsong ea Jehova.—Sof. 3:9.
Re ile ra boela ra bona lintho tse ntle tse fapaneng tseo Jehova a li bopileng. Nako le nako ha re ne re amohela kabelo e ncha, re ne re utloa eka re nka leeto le lecha le Jehova ’me e le eena ea re tataisang. O re rutile lintho tseo re neng re ke ke ra ithuta tsona le ka mohla ha re le bang.
Ha re le tšimong libakeng tse fapaneng tsa Tanzania
Ke mathata afe ao le ileng la kopana le ’ona, hona le ile la sebetsana le ’ona joang?
Mats: Ka linako tse ling re ne re kula ka lebaka la libaka tseo re neng re le ho tsona, ’me re tšoaroa ke mafu a kang malaria. Hape Ann-Catrin o ile a etsoa liopereishene tse ’maloa tseo re neng re sa li lebella. Re ne re boetse re tšoenyehile ka batsoali ba rona ba seng ba holile, ke kahoo re ananelang ngoan’eso le bana ba bo Ann-Catrin ka ho hlokomela batsoali ba rona. Ba ile ba etsa seo ka lerato le ka mamello ebile ba thabile. (1 Tim. 5:4) Ka linako tse ling, re ne re ikutloa re le molato eka re ka ba thusa ho feta kamoo re neng re ba thusa kateng hobane re ne re le hole le bona.
Ann-Catrin: Ka 1983, ha re ntse re sebeletsa Zaire, ke ile ka kula haholo ka tšoaroa ke k’holera. Ngaka e ile ea re ho Mats, “Mo tlose naheng ena kajeno!” Re ile ra tsamaea letsatsing le hlahlamang, empa tsela feela ea hore re tlohe Congo re ee Sweden e ne e le ho tsamaea ka sefofane se nkang lithoto kaha e ne e le sona feela se fumanehang.
Mats: Re ile ra lla haholo hobane re ne re nahana hore ke tšomo ka mathetho ka tšebeletso ea rona ea boromuoa. Ann-Catrin o ile a fola, le hoja ngaka e ne e nahana hore a ke ke a fola. Selemo hamorao, re ile ra khona ho khutlela Zaire, empa lekhetlong lena re ile ra ea phuthehong e nyenyane e Lubumbashi, moo ho buuoang Seswahili.
Ann-Catrin: Ha re ntse re le Lubumbashi, ngoana oa rona o ile a hlokahala a e-s’o hlahe. Le hoja re ne re sa rera ho ba le bana, ke ile ka utloa bohloko haholo ha ngoana oa rona a hlokahala. Nakong eo e thata, Jehova o ile a re fa mpho eo re neng re sa e lebella. Re ile ra ba le lithuto tsa Bibele tse ngata ho feta leha e le neng pele. Phutheho e ne e e-na le bahoeletsi ba 35, empa le pele selemo se fela ba ile ba eketseha ba e-ba 70, le palo ea ba tlang libokeng e ile ea eketseha ho tloha ho 40 ho ea ho 220. Re ne re phathahane haholo mosebetsing oa boboleli, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba rona ’me seo se ile sa nkhothatsa haholo. Leha ho le joalo, re ntse re bua le ho nahana ka ngoana oa rona eo re mo ratang haholo. Re tatetse ho bona kamoo Jehova a tlang ho folisa maqeba a rona ka ho felletseng lefatšeng le lecha.
Mats: Ka le leng, mosali oa ka o ile a khathala haholo le ho felloa ke matla. Ka nako e tšoanang le ’na ke ile ka bolelloa hore ke na le kankere ea mala e neng e se e le boemong bo bobe haholo ’me ke ne ke hloka ho etsoa opereishene. Empa kajeno ke ea hantle haholo ’me mosali oa ka o etsa sohle seo a ka se khonang hore a sebeletse Jehova.
Re ile ra hlokomela hore ha se rona feela ba nang le mathata. Ka mor’a lipolao tse sehloho tse etsahetseng Rwanda ka 1994, re ile ra etela bara le barali ba bo rona ba neng ba le likampong tsa baphaphathehi. Ho bona tumelo ea bona, mamello ea bona le kamoo ba neng ba amohela baeti le hoja ba ne ba phela maemong a thata, ho ile ha re ruta hore Jehova o tšehetsa batho ba hae ho sa tsotellehe hore na ba na le mathata afe.—Pes. 55:22.
Ann-Catrin: Ka 2007 re ile ra ea Uganda ha ho ne ho neheloa ofisi ea lekala. Ha re khutla, re ile ra tobana le bothata bo bong. Ka mor’a lenaneo, re ile ra tsamaea ka bese re le sehlopha sa batho ba ka bang 25 sa baromuoa le litho tsa Bethele re ea Nairobi, Kenya. Pele re fihla lelibohong (border gate) la Kenya, teraka e ile ea tsoa taolong ’me ea tla e lebile bese eo re neng re e palame eaba li thulana sa lipheleu. Mokhanni le bara le barali ba bo rona ba bahlano ba ile ba hlokahala hang-hang, ha morali oa bo rona e mong eena a ile a hlokahalla sepetlele hamorao. Kannete re hloloheloa ho bona metsoalle eo ea rona hape.—Jobo 14:13-15.
Ha nako e ntse e ea maqeba a ka a ile a fola. Empa ’na le Mats re ne re le har’a ba neng ba e-na le bothata ba ho tšoenyeha haholo ka lebaka la kotsi ena e ileng ea re hlahela. Ke ne ke tsoha bosiu ka lebaka la ho tšoenyeha ’me ke utloa eka ke tla tloha ke e-ba le lefu la pelo. Seo se ne se tšosa haholo. Ke ne ke rapela Jehova ka tieo ebile ke bala a mang a mangolo ao re a ratang a khothatsang. Seo se ne se nthusa haholo ’me ke ne ke khona ho mamella le ho khoba matšoafo. Ntho e ’ngoe hape e ileng ea re thusa ke ho ea ngakeng. Hona joale re se re tseba ho sebetsana le bothata ba rona ’me re kopa Jehova hore a re thuse hore re tšelise ba bang ba loantšanang le bothata bo tšoanang le ba rona.
Ha le hlalosa hore na le ne le khona ho mamella mathata joang, le ile la re Jehova o ne a le tšoere “joaloka mahe.” Le ne le bolela’ng?
Mats: “Tumebebwa kama mayai mabichi,” ke maele a Seswahili a bolelang: “Re ne re tšoeroe joaloka mahe.” Joalokaha motho a tšoara mahe hantle hore a se ke a choatleha, Jehova o ile a re tšehetsa le ho re tšoara ka mosa likabelong tsohle tsa rona. Re ne re lula re e-na le lintho tseo re li hlokang le tseo re sa lebellang hore re tla ba le tsona. Tsela e ’ngoe eo Jehova a neng a bontša hore oa re rata le ho re tšehetsa ke ha Sehlopha se Busang se ne se bontša hore se re utloela bohloko.
Ann-Catrin: Nka rata ho bua ka tsela eo Jehova a ileng a re tšehetsa le ho re bontša mosa ka eona. Ka le leng, re ile ra fumana mohala o re tsebisang hore ntate oa ka o sepetlele ’me o kula haholo koana Sweden. Mohats’aka o ne a sa tsoa ba betere empa o ne a ntse a fokola ka lebaka la malaria. Re ne re se na chelete ea ho reka litekete hore re khone ho ea hae, kahoo re ile ra etsa qeto ea ho rekisa koloi ea rona. Re ile ra letsetsoa ke banyalani ba bang ba neng ba utloetse ka taba ea rona, eaba ba ithaopela ho re rekela tekete e le ’ngoe. Morali oa bo rona e mong ea holileng le eena o ile a re letsetsa a re bolella hore ho na le chelete eo a e bolokileng eo a batlang ho re fa eona. O ne a e behile ka lebokoseng leo a le bitsang “Bakeng sa motho ea tla e hloka.” Ka nako e sa feliseng pelo, Jehova o ile a re thusa hore re fumane litekete tseo re neng re li hloka.—Baheb. 13:6.
Ha le sheba morao lilemong tse 50 tseo le li qetileng tšebeletsong ea nako e tletseng, le ka re le ithutile eng?
Kabelong ea rona e ncha Myanmar
Ann-Catrin: Ke ithutile hore haeba ‘re khoba matšoafo ’me re tšepa Jehova re tla ba matla.’ Ha re tšepa Jehova, ka tsela e itseng oa re loanela. (Esa. 30:15; 2 Likron. 20:15, 17) Ha re ne re etsa sohle seo re ka se khonang ha re ntse re sebeletsa Jehova likabelong tsa rona, o ne a re hlohonolofatsa haholo.
Mats: Ntho ea bohlokoa eo ke ithutileng eona ke ho itšetleha ka Jehova maemong ’ohle ’me ke emele ho bona hore na o tla nthusa joang. (Pes. 37:5) Ha a e-s’o mphoqe, o phethahalitse tšepiso ea hae ea hore o tla nthusa. Re ntse re bona bonnete ba seo le hona joale kabelong ea rona mona Bethele e Myanmar.
Re kholisehile hore Jehova o tla bontša bacha ba bangata ba batlang ho eketsa tšebeletso ea bona lerato leo a re bontšitseng lona. Hape re kholisehile hore haeba ba lumella Jehova hore a ba thuse ho beha litholoana hohle moo ba jetsoeng teng, ba tla thabela kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e fuoang.