PALE EA BOPHELO
Jehova o Ile a Ntlhohonolofatsa ho Feta Kamoo ke Neng ke Nahanne Kateng
KE NE ke labalabela ho ba pula-maliboho. Empa ke ne ke ipotsa hore na ehlile ke tla natefeloa. Ke ne ke thabela mosebetsi oo ke neng ke u etsa Jeremane, e leng oa ho romela lijo libakeng tse ngata tsa Afrika, tse kang, Dar es Salaam, Elisabethville le Asmara. Ke ne ke sa nahane hore ka le leng ke tla sebeletsa Jehova libakeng tseo le tse ling tse ngata tsa Afrika!
Ha ke se ke le pula-maliboho, bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka tsela eo ke neng ke sa e nahana hohang. (Baef. 3:20) Empa e ka ’na eaba oa ipotsa hore na seo se ile sa etsahala joang. E re nke ke u qalle qalong.
Ke hlahetse toropong ea Berlin, Jeremane, likhoeli tse seng kae ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e qhome ka 1939. Ha ntoa e elella qetellong ka 1945, masole a moeeng a ile a hlasela toropo ea Berlin ka ho lihela libomo. Ka letsatsi le leng, bomo e ile ea oela seterateng sa lapeng eaba ea phatloha ’me ’na le batsoali ba ka le khaitseli ea ka ra balehela sebakeng se sireletsehileng. E le hore re sireletsehe, hamorao re ile ra falella motseng oa Erfurt, e leng moo ’mè oa ka a hlahetseng teng.
Ke na le batsoali ba ka le khaitseli ea ka, Jeremane, ka 1950
’Mè o ne a labalabela ho ithuta Bibele. O ile a bala libuka tse ngotsoeng ke bo-rafilosofi ba itseng, a ba a etela malumeli a fapa-fapaneng empa a ne a sa mo khotsofatse. Hoo e ka bang ka 1948, ho ile ha fihla bo-’mè ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova lapeng. ’Mè o ile a re ba kene katlung, eaba o qala ho ba botsa lipotso tse ngata. Ka mor’a ho bua le bona nako e ka etsang hora, o ile a re ho ’na le khaitseli ea ka, “Ke fumane ’nete!” Ho e-s’o ee kae, ’na le ’Mè le khaitseli ea ka re ile ra qala ho ea libokeng motseng oa Erfurt.
Ka 1950 re ile ra khutlela toropong ea Berlin, eaba re kopanela le phutheho ea Berlin-Kreuzberg. Re ile ra falella sebakeng se seng hona moo Berlin, eaba re kopanela le phutheho ea Berlin-Tempelhof. Ka mor’a nako, ’Mè o ile a kolobetsoa, empa ’na ka cha ntši. Ebe e ne e le hobane’ng?
KAMOO KE ILENG KA HLOLA LIHLONG TSA KA KATENG
Ke ne ke sa khone ho atolosa tšebeletso ea ka hobane ke ne ke le lihlong. Ke ile ka qeta lilemo tse peli ke ea tšimong le batho ba bang empa ke sa bue le beng ba matlo. Ho tloaelana le bara le barali babo rona ba sebete tšebeletsong ea Jehova ho ile ha nthusa. Ba bang ba bona ba ne ba tsoa likampong tsa mahloriso tsa Manazi kapa literonkong tsa Jeremane Bochabela. Ha ba bang bona e ne e le ba tsamaisang lingoliloeng tsa rona ka sekhukhu ba li isa Jeremane Bochabela. Mehlala ea bona e ile ea nkhahla haholo. Ke ne ke nka hore haeba bara bana babo rona ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing molemong oa barab’abo bona le ’na ke lokela ho khaotsa ho ba lihlong.
Ke ile ka khaotsa ho ba lihlong nakong eo ho ne ho e-na le letšolo le khethehileng la ho paka ka 1955. Lengolong le neng le hatisitsoe koranteng ea Informant,a Mor’abo rona Nathan Knorr o ile a phatlalatsa hore letšolo lena ke le leng la matšolo a maholo ka ho fetisisa ao mokhatlo oa rona o kileng oa a hlophisa. O ile a re ha bahoeletsi bohle ba ka kenela letšolo lena, “re tla ba le khoeli e monate ka ho fetisisa mosebetsing oa ho paka.” Ho ile ha fela ha e-ba joalo! Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka inehela ho Jehova, eaba ka 1956 ke kolobetsoa hammoho le ntate oa ka le khaitseli ea ka. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka lokela ho etsa qeto e ’ngoe ea bohlokoa.
Haesale ke tseba hore ke lokela ho ba pula-maliboho, empa ke ne ke ntse ke bo chechisa. Ke ile ka qala ka ho etsa qeto ea ho ithuta ho reka le ho rekisetsa thepa linaheng tse ling. Ka mor’a ho ithuta, ke ile ka batla hore nke ke sebetse ho se hokae e le hore ke be le boiphihlelo pele nka ba pula-maliboho. Kahoo, ka 1961, ke ile ka qala ho sebetsa Hamburg, e leng motse o moholo ka ho fetisisa Jeremane o koung ea leoatle. Ke ne ke rata mosebetsi oa ka hoo ke neng ke lula ke chechisa taba ea ho ba pula-maliboho. Ebe ke ne ke tl’o etsa joang?
Kea leboha hore ebe Jehova o ile a sebelisa barab’abo rona ba lerato ho nthusa ho utloisisa hore ho mo sebeletsa ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Boholo ba metsoalle ea ka e ne e se e le bo-pula-maliboho. Ho phaella moo, Mor’abo rona Erich Mundt, ea tsoang kampong ea mahloriso o ile a nkhothaletsa ho tšepa Jehova. O ile a re ha ba le kampong ea mahloriso, barab’abo rona ba neng ba itšepile hamorao ba ile ba felloa ke tumelo. Empa ba neng ba tšepile Jehova bona ba ile ba lula ba tšepahala, eaba ba khona ho thusa mokhatlo oa Jehova.
Ha ke qala ho ba pula-maliboho ka 1963
Hape, Mor’abo rona Martin Poetzinger, eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang, o ne a atisa ho khothatsa barab’abo rona ka hore, “Ho ba sebete ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa!” Ka mor’a ho nahanisisa ka mantsoe ana, ke ile ka tlohela mosebetsi oa ka eaba ke qala ho ba pula-maliboho ka June 1963. Eo ke qeto e kholo ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa! Ka mor’a likhoeli tse peli, ke ile ka khethoa ho ba pula-maliboho e khethehileng, le pele nka lohotha ho ea batla mosebetsi o mong. Ka mor’a lilemo tse seng kae, Jehova o ile a ntlhohonolofatsa ka tsela eo ke sitoang ho e lekanya. Ke ile ka memeloa sehlopheng sa bo44 sa Sekolo sa Gileade.
KE ITHUTILE THUTO EA BOHLOKOA GILEADE
E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa eo ke ithutileng eona ho barab’abo rona ba kang Nathan Knorr le Lyman Swingle ke hore, “Ha oa lokela ho potlakela ho tela tšebeletsong.” Ba ile ba re khothaletsa ho lula re le tšebeletsong ea rona le ha ho nyolosetsa. Mor’abo rona Knorr o ile a re: “U lokela ho lula u phathahane ka eng? Na u tla tšoenyeha ka litšila tsa moo, menoang le tlala? Kapa u tla thabela ho bona lifate, lipalesa le lifahleho tsa batho ba moo ba thabileng? Ithute ho rata batho ho feta eng kapa eng!” Ka letsatsi le leng ha Mor’abo rona Swingle a ntse a leka ho re hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha barab’abo rona ba bang ba potlakela ho khaotsa tšebeletso ea bona, o ile a sitoa ho ithiba eaba oa lla. O ile a lokela ho khaotsa ho bua ho fihlela ha pelo e se e kokobetse. Taba ena e ile ea nkama haholo, eaba ke ikemisetsa hore le ka mohla nke ke ka soetsa Jesu Kreste kapa bara bana babo rona ba tšepahalang.—Mat. 25:40.
’Na le Mor’abo rona Claude le Mor’abo rona Heinrich ha re le Lubumbashi, Congo, moo re neng re le baromuoa teng ka 1967
Ka mor’a hore re fuoe likabelo tsa rona, barab’abo rona ba bararo ba sebeletsang Bethele ba ile ba botsa ba bang ba rona hore na re abetsoe ho ea kae. Ba ile ba bua lintho tse ntle ka likabelo tsa ba bang ho fihlela ba fihla ho ’na, eaba ke re: “Ke ea Congo (Kinshasa).” Ba ile ba thola ho se hokae, eaba ba re fela: “Ao, Congo! E se eka Jehova a ka ba le uena!” Mehleng eo, Congo (Kinshasa) e ne e tumme ka lintoa le lipolaeano. Empa ke ile ka lula ke nahana ka lintho tseo ke ithutileng tsona Gileade. Nakoana ka mor’a hore re fumane mangolo ka September 1967, ’na le Mor’abo rona Heinrich Dehnbostel le Mor’abo rona Claude Lindsay, re ile ra kena tseleng ra ea motse-moholo oa Congo, Kinshasa.
SEBAKA SE LOKETSENG BAKENG SA BAROMUOA BA BACHA
Ka mor’a hore re fihle Kinshasa, re ile ra ithuta Sefora ka likhoeli tse tharo. Eaba re falla ka sefofane re ea toropong ea Lubumbashi, moo pele ho neng ho bitsoa Elisabethville, e haufi le leliboho la Zambia le ka boroa ho Congo. Re ile ra lula lehaeng la baromuoa le neng le le ka har’a toropo eo.
Kaha batho ba bangata ba Lubumbashi ba ne ba e-s’o ka ba pakeloa hohang, re ile ra thaba hore ebe ke rona ba pele ba ho buisana le bona ka litaba tse molemo. Ho e-s’o ee kae, liithuti tsa Bibele li ne li se li re tletse matsoho. Re ne re boetse re pakela ba boholong pusong le mapolesa. Boholo ba bona ba ne ba hlompha Lentsoe la Molimo le mosebetsi oo re o etsang. Kaha batho ba moo ba ne ba bua Seswahili haholo, ’na le Mor’abo rona Claude Lindsay re ile ra ithuta puo eo. Nakoana ka mor’a moo, re ile ra isoa phuthehong ea Seswahili.
Le hoja ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse re thabisang, ho ne ho e-na le mathata. Re ne re atisa ho kopana le masole a tahiloeng kapa mapolesa a likhathatso a neng a re qosa ka lintho tseo re sa li etsang. Ka letsatsing le leng, sehlopha sa mapolesa a hlometseng se ile sa itšohlometsa lehaeng la baromuoa ka nako eo re tšoereng liboka, eaba a nka barab’abo rona feela a ba isa mapoleseng, moo a ileng a re lulisa fatše leroleng ho fihlela ka hora ea leshome bosiu pele a ka re lokolla.
Ka 1969, ke ile ka abeloa hore ke be mopotolohi. Ha ke ntse ke le potolohong eo, ke ne ke tsamaea nako e telele libakeng tse liretse le tse joang bo bolelele, e leng libaka tse neng li tloaelehile linaheng tsa Afrika. Ha ke le motseng o mong, ka tlas’a bethe ea ka ho ne ho robala sethole le litsuonyana tsa sona. Nke ke ka lebala kamoo se neng se ntsosa hoseng kateng ka ho etsa lerata. Kea thaba ha ke nahana kamoo ho neng ho e-ba monate kateng ha ke lutse mollong le barab’abo rona mantsiboea re bua ka Bibele.
Bothata ba rona bo boholo e ne e le ba batho ba neng ba iketsa eka ke Lipaki Tsa Jehova, empa ha e le hantle e le litho tsa mokhatlo oa Kitawala.b Ba bang ba bona ba ne ba kolobelitsoe ebile e le baholo ka phuthehong. Boholo ba batho bana ba neng ba tšoana le “mafika a patiloeng” ka phuthehong, ha baa ka ba khona ho khelosa bara le barali babo rona ba tšepahalang. (Juda 12) Qetellong, Jehova o ile a hloekisa phutheho ea hae, eaba ka mor’a moo batho ba bangata ba kena ka phuthehong.
Ka 1971, ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala e Kinshasa, ha ke le moo ke ile ka sebetsa mafapheng a ’maloa, a kang la mangolo, la ho kopa lingoliloeng, le la tšebeletso. Ha ke le Bethele, ke ile ka ithuta litsela tsa ho hlophisa mosebetsi oa rona naheng e kholo eo litšebeletso tse ngata li leng sieo. Ka linako tse ling, liposo tseo re neng re li romela ka sefofane li ne li nka likhoeli li e-s’o fihle liphuthehong. Ha poso e theoha sefofaneng e ne e tsamaea ka sekepe ebe e qeta libeke ka sekepeng hobane se qauoe ka metsing. Leha ho le joalo, mosebetsi oa rona o ne o ntse o atleha ho sa tsotellehe maemo ana ’ohle.
Ke ile ka hlolloa ke kamoo barab’abo rona ba ileng ba hlophisa likopano tse kholo kateng le hoja re ne re se na chelete. Ba ile ba sebelisa seolo sa bohloa ho etsa sethala, ba etsa mabota ka mohloa o molelele o bitsoang elephant grass, ba bile ba sebelisa mohloa oo hape ho ala moo ho tla luloa teng. Ba ne ba sebelisa lehlaka ho etsa lipalo le makhasi a lehlaka ho etsa limmete le ho koahela litafole. Hape ba ne ba seha makhekhebu a sefate ebe ba a betla hore ebe lithutsoana tse nyenyane tseo e neng e tla ba lipekere. Kamehla ke ne ke hlolloa ha ke sheba mosebetsi o motle oo bara le barali babo rona ba o etsang le tlas’a maemo a thata. Ke ne ke ba rata haholo. Ke ile ka ba hloloheloa haholo ha ke se ke le kabelong ea ka e ncha!
KE SEBELETSA KENYA
Ka 1974, ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala e Nairobi, Kenya. Re ne re e-na le mosebetsi o mongata kaha ofisi ea lekala ea Kenya e ne e tšehetsa mosebetsi oa boboleli linaheng tsa boahelani tse leshome, ’me ho tse ling tsa tsona mosebetsi oa rona o ne o sa lumelloa ka molao. Ke ne ke atisa ho abeloa hore ke etele linaha tsena, haholo-holo ea Ethiopia moo barab’abo rona ba neng ba hlorisoa ba bile ba mameletse liteko tse ngata. Boholo ba bona ba ile ba khakhathoa, kapa ba isoa chankaneng, ’me ba bang ba ile ba bolaoa. Empa ba ile ba mamella hobane ba ne ba rata Jehova haholo, ba bile ba ratana.
Ka 1980, ke ile ka thaba haholo ha ke ne ke nyala Gail Matheson. ’Na le Gail, eo ha habo e leng Canada, re ne re le sehlopheng se le seng Gileade. Re ne re ntse re ’ngollana mangolo. Gail e ne e le moromuoa Bolivia. Ka mor’a ho qeta lilemo tse 12 re arohane, re ile ra boela ra kopana New York. Nakoana ka mor’a moo, re ile ra nyalana Kenya. Kea leboha hore ebe ke ile ka nyalana le Gail, kaha ke motho ea nahanang ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona le ea ananelang seo a nang le sona. Le kajeno o ntse a ntšehelitse hantle haholo.
Ka 1986, ’na le Gail re ile ra abeloa ho ba bapotolohi, ha ka nako e tšoanang ke ne ke ntse ke le setho sa Komiti ea Lekala. Re ile ra potoloha le linaheng tse ngata tse neng li le tlas’a ofisi ea lekala e Kenya.
Ke fana ka puo kopanong e Asmara, ka 1992
Ke ntse ke hopola hantle ha ke ne ke hlophisa hore ho tle ho be le kopano Asmara (e Eritrea) ka 1992, ’me ka nako eo mosebetsi oa rona o ne o sa lumelloa ka molao naheng eo. Ka masoabi, re ile ra khona ho fumana feela moliko o neng o le mobe kantle le ka hare. Ka letsatsi la kopano, ke ne ke hloletsoe ke kamoo barab’abo rona ba neng ba o lokisitse hantle kateng, e le hore re ka rorisa Jehova sebakeng se hantle. Malapa a mangata a ile a tla le masela a khabisang, eaba a fihla a koahela eng kapa eng e neng e sa shebahale hantle. Re ile ra thabela kopano eo haholo, ’me kaofela re ne re le 1 279.
Mosebetsi oa ho potoloha o ne o le thata, kaha libaka tseo re neng re lula ho tsona beke le beke li ne li fapane haholo. Ka nako e ’ngoe re ile ra amoheloa ntlong e kholo e neng e le haufi le leoatle, eaba ka nako e ’ngoe teng re fihlela mok’huk’hung oa basebetsi oo matloana a teng a neng a le bohole ba limithara tse lekholo. Ho sa tsotellehe hore na re ne re sebeletsa hokae, ntho eo re ntseng re e hopola ke kamoo re neng re phathahane kateng re sebetsa ’moho le bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba chesehang. Ha re fumana kabelo ea rona e ncha, re ile ra lokela ho siea metsoalle e mengata eo re ntseng re e hopola.
LITLHOHONOLOFATSO TSEO RE ILENG RA LI FUMANA ETHIOPIA
Ho elella qetellong ea bo-1980 le mathoasong a bo-1990, mosebetsi oa rona o ile oa lumelloa ka molao linaheng tse ’maloa tse neng li le tlas’a lekala la Kenya. Ka lebaka leo, ho ile ha buloa liofisi tsa lekala tse ncha le likomiti tsa naha. Ka 1993, re ile ra abeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala e Addis Ababa, Ethiopia, moo ka lilemo tse mashome mosebetsi oa rona o neng o ntse o etsoa ka sekhukhu, empa joale o se o lumeletsoe ka molao.
Ha re le bapotolohi metseng ea mahaeng ea Ethiopia, ka 1996
Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi o neng o etsoa Ethiopia. Bara le barali babo rona ba bangata e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. Ho tloha ka 2012, hoo e ka bang kotara ea bahoeletsi ba moo ba ile ba nkela bopula-maliboho ba kamehla. Ho phaella moo, likolo tsa tšebeletso li ile tsa koetlisa batho ba bangata, ’me ha hahoa Liholo Tsa ’Muso tse ka holimo ho 120. Ka 2004 lelapa la Bethele le ile la fallela sebakeng se secha, moo ho neng ho boetse ho e-na le Holo ea Kopano e ncha.
’Na le Gail re na le metsoalle e mengata mona Ethiopia. Re e rata haholo kaha e mosa ebile ea re rata. Morao tjena re ne re se re khathatsoa ke bokuli haholo, e leng se ileng sa etsa hore re abeloe ho ea sebeletsa ofising ea lekala e Central Europe. Mona re hlokometsoe hantle haholo, empa re hopotse metsoalle ea rona e Ethiopia.
JEHOVA O ILE A ATLEHISA MOSEBETSI
Re bone hore na Jehova o ’nile a atlehisa mosebetsi oa hae joang. (1 Bakor. 3:6, 9) Mohlala, ha ke ne ke qala ho pakela batho ba Rwanda ba tlileng ’maeneng Congo, ho ne ho se na bahoeletsi Rwanda. Hona joale ho na le bahoeletsi ba ka holimo ho 30 000 naheng eo. Ka 1967, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 6 000 Congo (Kinshasa). Hona joale ba se ba ka ba 230 000, ’me batho ba ka holimo ho milione ba ile ba e-ba teng Sehopotsong ka 2018. Linaheng tsohle tseo qalong li neng li le tlas’a ofisi ea lekala ea Kenya, palo ea bahoeletsi linaheng tseo e hotse ka bahoeletsi ba ka holimo ho 100 000.
Lilemong tse ka holimo ho 50 tse fetileng, Jehova o ile a sebelisa barab’abo rona ba fapa-fapaneng ho nthusa hore ke qale tšebeletso ea nako e tletseng. Le hoja ke ntse ke le lihlong, ke ithutile ho tšepa Jehova ka ho feletseng. Lintho tseo ke ithutileng tsona ha ke le Afrika, li nthusitse hore ke be le mamello ke be ke khotsofalle seo ke nang le sona. ’Na le Gail re lula re tsota tsela eo bara le barali babo rona ba neng ba thabela ho amohela baeti ka eona, ba mamella mathata a boima, ba bile ba tšepile Jehova. Ke tla lula ke leboha mosa oo Jehova a mpontšitseng oona. Ruri Jehova o ntlhohonolofalitse ho feta kamoo ke neng ke nahanne kateng.—Pes. 37:4.
a Hamorao e ile ea bitsoa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, ’me hona joale e nketsoe sebaka ke Bukana ea Seboka sa—Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rōna.
b Lentsoe “Kitawala” le tsoa lentsoeng la Seswahili le bolelang “ho hatella, ho laola, kapa ho busa.” Sepheo sa mokhatlo ona e ne e le ho loanela hore Congo e ipuse ho tloha ho Belgium. Mokhatlo oa Kitawala o ne o fumana, o ithuta, o bile o aba lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova ’me o ne o sotha lithuto tsa Bibele hore li lumellane le maikutlo a bona a lipolotiki, meetlo ea bona le mekhoa ea bona e litšila.