DAYRELL SHARP | PALE EA BOPHELO
Ha re Chechele Morao ka Thuso ea Molimo
“A ke ke a qeta le khoeli!” Sena ke seo bara ba bo rona ba bang ba ileng ba se bua phuthehong ea ka ha ke ne ke kenya kopo ea ho ba pula-maliboho ea thusang ka 1956. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 16. Ke ne ke ile ka kolobetsoa lilemo tse ’nè pele ho moo ka khothaletso ea mora’bo rona e mong eo ke neng ke mo rata. Ka nako eo baholo ba ne ba sa hlahlobele motho ho ea kolobetsong.
Bara ba bo rona ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la ho belaella hore ke tla lula ke le pula-maliboho hobane ke ne ke sa nke tšebeletso ea ka ho Jehova ka botebo. Ke ne ke sa rate tšebeletso ea tšimo hoo ke neng ke rapella hore pula e ne ha e le Sontaha e le hore ke se ke ka ea. Mohlang ke ileng, ke ne ke fana ka limakasine fela ho se mohlang ke buang ka Bibele. ’Mè oa ka ea ratehang o ne a nqekisetsa hore ke etse ’malo oa Bibele libokeng. Ke ne ke sa rate ho ithuta Bibele ebile ke sena lipakane tšebeletsong.
Lehlabuleng leo ho ile ha e-ba le kopano ea setereke e tšoaretsoeng Cardiff, Wales. Ke moo bophelo ba ka bo ileng ba fetoha teng. Sebui se seng se ile sa botsa lipotso tse ileng tsa etsa hore ke nahane. O ile a botsa a re: “Na u inehetse ebile u kolobelitsoe?” Ke ile ka nahana ka re:‘E’. “Na u ile oa tšepisa ho sebeletsa Jehova ka pelo ea hao eohle, kelello le matla a hao ’ohle?” ‘E.’ “Na u na le bokuli kapa boikarabelo ba lelapa bo ka u sitisang ho nkela pula-maliboho?” ‘Che.’ “Na ho na le lebaka le u sitisang ho ba pula-maliboho?” ‘Che.’ “Haeba u arabile potso ea ho qetela ka che, joale ke hobane’ng ha u se pula-maliboho?”
E ne eka o re ho ’na ke tsohe borokong. Ke ile ka nahana ka re: ‘Ke senya nako ea ka. Ha ke tšepahalle boinehelo ba ka ho Jehova ebile ha ke sebeletse Jehova ka pelo ea ka eohle.’ Feela joalokaha ke ne ke lebelletse hore Jehova a phethahatse litšepiso tseo a nketselitseng tsona, le ’na ke ne ke tlameha ho phethahatsa tseo ke mo etselitseng tsona. Kahoo ka October 1956, ke ile ka nkela bo-pula-maliboho bo thusang.
Ka 1959, ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa Aberdeen ke le pula-maliboho ea khethehileng
Selemong se latelang, ke ile ka ba pula-maliboho ea kamehla ’me ka fallela phuthehong e neng e-na le bahoeletsi ba 19. Ho tloha ka nako eo ke ileng ka fihla ka eona, ke ile ka abeloa ho fana ka lipuo beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ka mamello bara ba bo rona ba ile ba nthusa hore ke ntlafatse tsela eo ke neng ke fana ka lipuo ka eona. Lilemo tse peli ha mora’o ka 1959, ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho ea khethehileng ’me ka abeloa ho ea sebeletsa Aberdeen e ka leboea ho Scotland. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, Ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa Bethele e London. Ke ile ka thabela ho sebetsa lefapheng la ho hatisa libuka ka lilemo tse supileng.
Ke ne ke rata bophelo ba Bethele empa ke e-na le takatso ea ho sebeletsa ka ho khethehileng tšimong. Ke ne ka sa ntse ke le mocha, ke phetse hantle ebile ke ikemiselitse ho sebelisoa ke Jehova hohle moo a batlang teng. Kahoo ka April 1965, ke ile ka kenya kopo ea ho ea sekolong sa Gileade bakeng sa koetliso ea ho ba moromuoa.
Selemong seo, ’na le motho eo ke neng ke lula le eena re ile ra ea kopanong e Berlin, Germany le ho ea bona lebota la Berlin le hahuoeng lilemo tse seng kae tse fetileng.
Letsatsi le leng ha re ntse re le kopanong re ile ra ba le monyetla oa ho ea tšimong ’me ke ile ka abeloa ho sebetsa le morali oa bo rona Susanne Bandrock. Re ile ra nyalana ka 1966 ’me lilemo tse peli hamorao re ile ra memeloa ho ea tlelaseng ea bo-47 ea Gileade. E ile ea e-ba tlhohonolofatso e kholo! Re ile ra natefeloa ke likhoeli tseo tse hlano tsa ho ithuta. Re ile ra abeloa ho ea sebeletsa Zaire, eo hona joale e seng e bitsoa Democratic Republic of the Congo. Sena se ile sa re makatsa haholo. Ho ne ho sena ntho eo re e tsebang ka naha eo. Re ne re tšohile empa re ile ra tšepa Jehova ’me ra amohela kabelo eo.
Ka 1969, ’na le Susanne re ile ra fuoa mangolo a rona sekolong sa Gileade
Ka mor’a ho qeta lihora tse ngata re le bo-ema-fofane ebile re palama lifofane tse ngata, re ile ra fihla toropong e nyane ea Kolwezi moo ho nang le limmaene. Re ile ra ipotsa hore na ke hobane’ng ha bara ba bo rona ba le sieo ho tla re khahlametsa athe molaetsa o neng o ba bolella hore re tl’o fihla o ile oa fihla matsatsi a mabeli re fihlile. Motho e mong ea sebetsang bo-ema-fofane o ile a tla ho rona ’me a bua ntho e ’ngoe ka Sefora, e leng puo eo re neng re e-s’o ka re e utloisisa. ’Mè ea neng a eme ka pel’a rona o ile a hetla ’me a re ho rona, “Lea tšoaroa.”
Lepolesa le ileng la re tšoara le ile la qobella monna e mong ea neng a khanna koloi ea ho beisa e nyenyane ebile e le ea khale hore a tsamaee le rona. Re ne re petetsane ka har’a koloi eo e nyenyane, e le ’na, Susanne, lepolesa leo le mong’a koloi. E ne eka filimi e qabolang ha re ntse re khothometseha tseleng e likoti, buti e bulehile eka tlhapi e ja lithoto tsa rona.
Ba ile ba re isa lehaeng la baromuoa. Le hoja re ne re sa tsebe hore na le hokae, lepolesa leo le ne le tseba. Ha re fihla, ho ne ho se na batho likeiti li ne li notletsoe. Baromuoa ba ne ba ile likopanong tsa machaba, ha ba bang ba ile phomolong. Re ile ra ema letsatsing le chesang re ipotsa hore na ho tla etsahala’ng. Qetellong mor’abo rona ea lulang sebakeng seo o ile a fihla. O ile a bososela ha a re bona ’me le rona ra ikutloa re imolohile. O ne a tseba lepolesa leo le neng le lebelletse hore re le fe chelete. Ka mor’a hore mor’abo rona a bue le lona ka nakoana, lepolesa leo le ile la tsamaea ’me re ile ra khona ho phomola.
Re eme ka ntle lehaeng la baromuoa Zaire le mora’bo rona Nathan H. Knorr nakong ea ketelo ea hae ka 1971
Ha se Nako ea ho Chechela Morao
Re ile ra hlokomela hore re har’a batho ba mamelletseng lintho tse ngata empa ba e-na le lerato ebile ba thabile. Ka masoabi, borabele bo ne bo aparetse naha ka lilemo tse leshome. Ka 1971 Lipaki tsa Jehova li ile tsa lahleheloa ke bolokolohi ba borapeli ’me seo se ile sa etsa hore re ipotse hore na ho tla etsahala joang.
E ne e se nako ea tšoha le ho chechela morao. Ho sa tsotellehe litšoso tsa hore ba tlohele bolumeli ba bona, ho qhoaela beche le ho ba le karete ea lipolotiki ke bara le barali ba bo rona ba seng bakae fela ba ileng ba inehela. Ha bara le barali ba bo rona ba ne ba sa qhoaele beche ba ne ba sa fumane litšebeletso tsa ’muso ebile ba tlotlolloa ke masole le mapolesa. Bara ba bo rona ba ile ba lahleheloa ke mesebetsi ’me bana ba lelekoa likolong. Bara ba bo rona ba bangata ba ile ba tšoaroa. Eo e ne e le nako e thata. Leha ho le joalo, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho bolela litaba tse monate ka sebete.
Re ne re Hloka ho Mamella
Lilemong tseo, ’na le Susanne re ile ra qeta nako ea rona e ngata re le libakeng tse mahaeng ke le molebeli oa potoloha ebile ke le molebeli oa setereke. Ha re ne re le libakeng tse mahaeng, re ne re phela bophelo bo thata le boo re sa bo tloaelang. Mekhoro e ne e le menyenyane hoo re neng re se na sebaka se lekaneng sa hore re robale. Ha ke hopole makhetlo ao ke ileng ka thula ha ke ne ke tsoa mamating ao a menyenyane. Re ne re hlapa ka metsi a tsoang matamong le linokeng. Bosiu re bala re laitile ka kerese, re besa ka mashala ha re pheha. Re ne re nka bona e le bona bophelo ba borumuoa. Sena ke sona seo re neng re tletse ho tla se etsa, e ne eka re moleng o ka pele oa ntoa tšebeletsong ea Jehova.
Ho lula le malapa a Lipaki a sebakeng seo, ho ile ha re thusa hore re ananele lintho tseo ho neng ho bonahala eka re ne re sa li ananele joaloka lijo, metsi, liaparo, le bolulo. (1 Timothea 6:8) Lintho tsena tse ling ke limpho. Ha re lebale lintho tsoe re ithutileng tsona nakong eo.
Le hoja re sa ka ra teana le liteko tseo moapostola Pauluse a ileng a tobana le tsona, ka linako tse ling maeto a rona a ne a etsa re utloe eka tumelo le sepheo sa rona lia lekoa. Re ne re tlameha ho tsamaea litseleng tse mpe kapa moo ho neng ho sena tsela ho hang. Ha re ne re tsamaea litseleng tse majoe, koloi ea rona e ne e tsukutleha hampe. Ka linako tse ling e ne e tetebela lehlabatheng le le ngata. Nakong ea lipula, e ne e tetebela seretseng. Ka le leng ha re ne nka leeto leo re neng re lokela ho khanna letsatsi kaofela, re ile ra khanna lik’hilomithara tse 70 feela eaba re tlameha ho qaolla koloi ka makhetlo a 12 kaofela.
Ha re ne re le kabelong ea rona re ne re e-ba le mathata a mangata tseleng
Re ile ra ikutloa re atametse ho Jehova haholo ha re ne re sebeletsa mahaeng tlas’a maemo ana a thata. Re ile ra ithuta hore ka thuso ea Jehova re ka khona ho mamella re thabile leha re se na matla a ho fetola maemo ao. Ka tlhaho, Susanne ha se motho ea ratang ho etsa lintho tseo a sa tloaelang ho li etsa empa har’a mathata a rona, ha ho mohla a kileng a tletleba. Ha re hopola linako tseo, rea thaba kaha re ithutile ho hongata ho tsona.
Lilemong tseo re lutseng Zaire, ke ile ka tšoaroa ka makhetlo a mangata. Ka lekhetlo le leng ke ile ka etselletsoa, ka ba ka qosoa ka ho rekisa litaemane ka tsela e seng molaong. Ha ho pelaelo hore sena se ile sa etsa hore re tšoenyehe empa re ile ra itjoetsa hore haeba Jehova a ne a batla hore re phethe tšebeletso ea rona o tla re thusa ’me o ile a fela a etsa joalo.
Ho Tsoela Pele re Sebeletsa Jehova
Ka 1981, re ile ra memeloa ho sebeletsa ofising ea lekala ea Kinshasa. Selemo pele ho moo, re ne re se re lumelletsoe ho etsa mosebetsi oa rona hape. Bara ba bo rona ba ile ba batla setša e le hore ho eketsoe mohaho oa lekala. Re sa lebella, ka March 1986 mopresidente oa naha o ile a saena tokomane e neng e bontša hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoe. Mosebetsi oa kaho o ile oa emisa ’me ho e-s’o ee kae, ba bangata ba ile ba fallela linaheng tse ling.
Ka lilemo tse seng kae, re ile ra sebeletsa ofising ea lekala e Zaire
Rona re ile ra lula ka nakoana. Re ile ra etsa sohle seo re ka se khonang ho tsoela pele re paka le hoja re tseba hore ba boholong ba re behile leihlo. Le hoja re ne re le hlokolosi, ke ile ka tšoaroa ke ntse ke khanna thuto ea Bibele. Ke ne ke koalletsoe seleng e neng e tletse batšoaruoa ba bang. Ho ne ho chesa, ho nkha, ho le lefifi ebile ho bipetsane, khanya le moea li hlaha lesobeng le lenyenyane holimo leboteng. Batšoaruoa ba bang ba ile ba ntšoara ’me ba nkisa ho motšoaruoa e mong ea neng a ba etella pele. O ile a ntaela a re ke bine pina ea sechaba. Eaba ke re: “Ha ke e tsebe.” Eaba o re: “Bina pina ea sechaba ea naheng ea heno.” Ka re: “Le eona ha ke e tsebe.” O ile a re ke itšetlehe ka lebota ka metsotso e 45. Qetellong bara ba bo rona ba ile ba mpuella hore ke lokolloe.
Ka 1987 ha re qeta ho fihla lekaleng la Zambia
Re ile ra bona hore maemo a ne a sa tl’o nolofala ka har’a naha ’me ka mor’a moo re ile ra isoa Zambia. Ha re tšela lelibohong, re ne re utloile bohloko empa ka lehlakoreng le leng re imolohile. Re ile ra nahana ka lilemo tse 18 tseo re li qetileng kabelong ea rona re e-na le baromuoa ba bang le bara le barali ba bo rona ba tšepahalang. Le hoja bophelo bo ile ba e-ba thata ka linako tse ling, re ne re utloa re hlohonolofetse. Re ne re tseba hore Jehova o ne a e-na le rona ka linako tsohle. Re ne re se re ithutile Sefora le Seswahili ebile Susanne o ne a tseba le Selingala. Re ile ra thabela katleho eo re bileng le eona tšebeletsong, ea hore ebe re ile ra thusa batho ba fetang 130 hore ba kolobetsoe. Re ne re khotsofatsoa ke ho tseba hore mosebetsi oo re o entseng o ne o buletse batho ba bang monyetla oa hore ba ithute ’nete nakong e tlang. Kahoo, ha morao batho ba bangata ba ile ba tla ka phuthehong. Ka 1993, Lekhotla le Phahameng le ile la hlakola thibelo ea mosebetsi oa rona e neng ile ea etsoa ka 1986. Hona joale ho se ho e-na le bahoeletsi ba fetang 240 000 Congo.
Ha re le Zambia, re ile ra bona ha ho hahoa le ha ho eketsoa mehaho ea lekala. Hona joale, palo ea bahoeletsi e imenne ka makhetlo a fetang a mararo ho feta ha re ne re fihla ka 1987.
Setšoantšo se hlahisitseng lekala la Zambia
Joale, ho ile ha etsahala’ng ka mora’bo rona ea monyenyane eo ho neng ho bonahala eka le khoeli a ke ke a e qeta a le tšebeletsong ea nako e tletseng? Ka thuso ea Jehova le tšehetso ea mohatsa’ka Susanne, ke se ke qetile lilemo tse 65 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ke ile ka latsoa ’me ka bona hore Jehova o molemo.—Pesaleme ea 34:8.
Rea tseba hore ha re batho ba khethehileng; empa re ile ra leka ho etsa sohle seo re ka se khonang ho tsoela pele re tšepahalla boinehelo ba rona. Rea tšepa hore Jehova o tla tsoela pele a re thusa hore le ka mohla re se ke ra “chechela morao” empa re hole tumelong e le hore “re pholose bophelo ba rona.”—Baheberu 10:39.
’Na le Susanne re ntse re sebeletsa lekaleng la Zambia
Shebella video ea Dayrell le Susanne Sharp: We Promised to Serve Jehovah Whole-Souled.