Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 2/1 maq. 25-29
  • Jehova ke Setšabelo le Matla a Ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova ke Setšabelo le Matla a Ka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ema re Tiile Linakong Tse Thata
  • Liqeto Tsa Bohlokoa
  • Mosebetsi oa Boromuoa Quebec
  • Mosebetsi oa Rōna Fora
  • Mosebetsi oa Boromuoa Afrika
  • Ho Ananela Tšebeletso
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Jehova o Ile a re Matlafatsa Nakong ea Ntoa le ha ho E-na le Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Baboleli ba ’Muso ba Isa Linyeoe Tsa Bona Khotla
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ho Ananela Lefa La Bokreste Le Ikhethang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 2/1 maq. 25-29

Pale ea Bophelo

Jehova ke Setšabelo le Matla a Ka

JOALOKAHA HO BOLETSE MARCEL FILTEAU

“Haeba a u nyala, ha ho pelaelo hore u tla ea teronkong.” Ke seo batho ba neng ba se bolella mosali eo ke neng ke etsa litokisetso tsa ho mo nyala. A nke ke hlalose hore na ke hobane’ng ha ba ne ba ka rialo.

HA KE hlaha ka 1927, profinse ea Canada ea Quebec e ne e le moo Bok’hatholike bo itsetsepetseng teng. Lilemong tse ka bang ’nè hamorao, Cécile Dufour, e leng mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova, o ile a qala ho etela habo rōna motseng oa Montreal. Ka lebaka leo, baahelani ba rōna ba ne ba atisa ho mo sokela. Ha e le hantle, o ne a tšoaroa le ho hlekefetsoa hangata ka lebaka la ho bolela molaetsa oa Bibele. Ka hona, kapele re ile ra ithuta bonnete ba mantsoe a Jesu a reng: “Joale batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla ba ba hloiloeng ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.”—Matheu 24:9.

Ka nako eo, ba bangata ba ne ba nahana hore e ka ba mohlolo hore lelapa la Macanada a Mafora le tlohele bolumeli ba K’hatholike. Le hoja ho se mohla batsoali ba ka e ileng ea e-ba Lipaki tse kolobelitsoeng, kapele ba ile ba etsa qeto ea hore lithuto tsa Kereke ea K’hatholike ha li tumellanong le Bibele. Ka hona, ba ile ba khothalletsa bana ba bona ba robeli hore ba bale lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Lipaki, ’me ba ile ba tšehetsa rōna ba ileng ba emela ’nete ea Bibele ka tieo.

Ho Ema re Tiile Linakong Tse Thata

Ka 1942, ha ke sa ntse ke le sekolong, ke ile ka qala ho ba le thahasello ea sebele thutong ea Bibele. Ka nako eo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe Canada hobane li ne li latela mohlala ea Bakreste ba pele ’me li sa kenelle lintoeng tsa lichaba. (Esaia 2:4; Matheu 26:52) Roland, moholoane oa ka eo e leng eena oa pele bashemaneng, o ile a isoa kampong ea mosebetsi o boima ka lebaka la ho hana ho nka libetsa nakong ea ntoa ea lefatše e neng e kupa ka nako eo.

Hoo e ka bang ka nako eo, Ntate o ile a mpha buka ea Sefora e neng e hlalosa mahlomola a Lipaki tsa Majeremane ka lebaka la ho hana ho tšehetsa liphutuho tsa lebotho la ntoa la Adolph Hitler.a Ke ile ka susumelletseha hore ke tšoane le mehlala e joalo ea botšepehi e bontšang sebete, ’me ke ile ka qala ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova tse tšoareloang ntlong ea motho. Kapele ke ile ka memeloa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela. Ke ile ka amohela memo ena ke hlokomela hantle hore nka ’na ka tšoaroa ’me ka koalloa teronkong.

Ka mor’a ho rapella matla, ke ile ka kokota monyako ka lekhetlo la pele. Mofumahali ea mosa o ile a araba, ’me ka mor’a ho itsebisa eena, ke ile ka mo balla 2 Timothea 3:16 e reng: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.”

Ke ile ka botsa: “Na u ka thahasella ho ithuta se eketsehileng ka Bibele?”

Mofumahali enoa o ile a araba: “E.”

Ka hona, ke ile ka mo bolella hore ke tla tlisa motsoalle e mong ea tsebang Bibele ho mpheta, e leng seo ke ileng ka se etsa bekeng e latelang. Ka mor’a phihlelo eo ea pele, ke ile ka betefala haholoanyane, ’me ka hlokomela hore ha re etse tšebeletso ena ka matla a rōna. Joalokaha moapostola Pauluse a boletse, re e etsa ka thuso ea Jehova. Ka sebele, ke habohlokoa hore re hlokomele hore “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng [ke] a Molimo eseng a tsoang ho rōna.”—2 Bakorinthe 4:7.

Ka mor’a moo, mosebetsi oa ho bolela e ile ea e-ba karolo ea kamehla ea bophelo ba ka ’me ho bile joalo le ka ho tšoaroa le ho koalloa teronkong. Hase feela eo e neng e tla ba monyaluoa oa ka a ileng a bolelloa sena, “Haeba a u nyala, ha ho pelaelo hore u tla ea teronkong”! Empa, liphihlelo tse kang tseo li ne li se boima hakaalo. Ka mor’a ho sesa bosiu re le teronkong, Paki e ’ngoe e ne e atisa ho re ntša ka beile.

Liqeto Tsa Bohlokoa

Ka April 1943, ke ile ka inehela ho Jehova ’me ka tšoantšetsa boinehelo bona ka kolobetso ea metsing. Joale, ka August 1944, ke ile ka ba teng kopanong e khōlō ka lekhetlo la pele, e ne e tšoaretsoe Buffalo, New York, U.S.A., pel’a moeli oa Canada. Ba bileng teng ba ne ba le 25 000, ’me lenaneo leo le ile la tsosa takatso ea ka ea ho ba pula-maliboho, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoang kateng. Thibelo ea mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Canada e ile ea tlosoa ka May 1945, ’me ke ile ka qala ho bula maliboho khoeling e latelang.

Leha ho le joalo, ha ke ntse ke kopanela tšebeletsong haholoanyane, ke ile ka ea teronkong ka makhetlo a eketsehileng. Ka lekhetlo le leng nkile ka koalloa seleng e le ’ngoe le Mike Miller, eo e bileng mohlanka oa Jehova ea tšepahalang ka nako e telele. Re ile ra lula fatše samenteng ’me ra qoqa. Moqoqo oa rōna o hahang moeeng o ile oa ’matlafatsa haholo. Leha ho le joalo, ka mor’a moo, ke ile ka ipotsa potso, ‘Ho ne ho tla ba joang haeba re ne re sa utloane re bile re sa buisane?’ Nako eo ke e nkileng ke le teronkong le mora enoa oeso ea ratoang e ile ea nthuta e ’ngoe ea lithuto tse ntle haholo bophelong ba ka—re hloka barab’abo rōna, ka lebaka leo re lokela ho ba ba tšoarelang le ba mosa e mong ho e mong. Ho seng joalo, joalokaha moapostola Pauluse a ngotse: “Haeba . . . le ntse le tsoela pele le lomana le ho harolana, le hlokomele hore le se felisane ka ho feletseng.”—Bagalata 5:15.

Ka September 1945, ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Toronto, Canada, eo re e bitsang Bethele. Ka sebele lenaneo la moea sebakeng seo le ne le haha le bile le matlafatsa tumelo. Selemong se latelang, ke ile ka abeloa ho sebetsa polasing ea Bethele, e leng bohōle ba lik’hilomithara tse 40 ka leboea ho ofisi ena ea lekala. Ha ke ntse ke e-kha monokotšoai le kharejana e bitsoang Anne Wolynec, ke ile ka hlokomela hore ntle le hore o motle, o boetse o rata Jehova ’me o chesehela ho mo sebeletsa. Re ile ra ratana, ’me ra nyalana ka January 1947.

Lilemong tse latelang tse peli le halofo, re ile ra bula maliboho London, Ontario, ’me ka mor’a moo ra a bula Sehlekehlekeng sa Cape Breton, moo re ileng ra thusa ho theha phutheho teng. Joale, ka 1949, re ile ra memeloa sehlopheng sa bo14 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, moo re ileng ra koetlisetsoa ho ba baromuoa.

Mosebetsi oa Boromuoa Quebec

Macanada a qetileng sekolong sena sa Gileade lihlopheng tse fetileng a ne a ile a abeloa ho qalisa mosebetsi oa boboleli Quebec. Ka 1950, rōna hammoho le ba bang ba 25 ba tsoang sehlopheng sa bo14 re ile ra sebetsa le bona. Mosebetsi oa boromuoa o eketsehileng o ile oa hlahisa mahloriso a matla le pefo ea mahoohoo, e neng e hlohlelletsoa ke baeta-pele ba Kereke ea Roma e K’hatholike.

Matsatsi a mabeli ka mor’a hore re fihle kabelong ea rōna ea pele ea boromuoa motseng oa Rouyn, Anne o ile a tšoaroa ’me a palamisoa ka morao koloing ea mapolesa. Ena e ne e le phihlelo e ncha ho eena, kaha o ne a tsoa motseng o monyenyane profinseng ea Manitoba, Canada, moo e neng e e-ba ka seoelo a bonang lepolesa. Ha ho pelaelo hore o ne a tšohile ’me a hopola mantsoe ana, “Haeba a u nyala, ha ho pelaelo hore u tla ea teronkong.” Leha ho le joalo, pele mapolesa a khanna koloi a tsamaea, a ile a mphumana le ’na ’me a nkenya ka koloing le Anne. O ile a tsota: “Ke thabile hakaakang ha ke u bona!” Empa, o ne a khobile matšoafo ka tsela e hlollang, ha a re, “Ha e le hantle, baapostola ba ile ba etsahalloa ke se tšoanang le sena ka lebaka la ho bolela ka Jesu.” (Liketso 4:1-3; 5:17, 18) Hamorao letsatsing leo re ile ra lokolloa ka beile.

Hoo e ka bang selemo ka mor’a ketsahalo eo, ha re ntse re le tšebeletsong ea ntlo le ntlo kabelong ea rōna e ncha Montreal, ke ile ka utloa lerata tlaase seterateng ’me ka bona mahoohoo a halefileng a betsa majoe. Ha ke re ke il’o thusa Anne le ea neng a tsamaea le eena, mapolesa a ile a fihla sebakeng seo. Ho e-na le ho tšoara mahoohoo, mapolesa ana a ile a tšoara Anne le ea neng a tsamaea le eena! Ha ba ntse ba le teronkong, Anne o ile a hopotsa Paki ena e ncha hore ba ne ba latsoa bonnete ba mantsoe a Jesu a reng: “Le tla ba ba hloiloeng ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka.”—Matheu 10:22.

Ka nako e ’ngoe, linyeoe tse ka bang 1 700 khahlanong le Lipaki tsa Jehova li ne li emetse kahlolo Quebec. Ka tloaelo, re ne re qosoa ka ho aba lingoliloeng tse hlohlelletsang batho ho fetohela ba boholong kapa ka ho aba lingoliloeng re se na lakesense. Ka lebaka leo, Lefapha la Molao la Mokhatlo oa Watch Tower le ile la nka bohato khahlanong le ’muso oa Quebec. Ka mor’a lilemo tse ngata tsa linyeoe, Jehova o ile a etsa hore re hlōle lintlheng tse peli tse khōlō Lekhotleng le ka Holimo-limo la Canada. Ka December 1950, re ile ra lokolloa qosong ea hore lingoliloeng tsa rōna li hlohlelletsa batho ho fetohela ba boholong, ’me ka October 1953, tokelo ea rōna ea ho aba lingoliloeng tsa Bibele re se na lakesense e ile ea tšehetsoa. Kahoo, re ile ra bona ka mahlo kamoo ka sebele Jehova e leng “setšabelo le matla a rōna, thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.”—Pesaleme ea 46:1, NW.

Hoa hlolla hore ebe palo ea Lipaki tsa Quebec e eketsehile ho tloha ho 356 ka 1945, ha ke ne ke qala ho bula maliboho, ea nyolohela ka holimo ho 24 000 kajeno! Ka sebele ho etsahetse seo boprofeta ba Bibele bo se boletseng esale pele ha bo re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena ha se na ho atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola.”—Esaia 54:17, NW.

Mosebetsi oa Rōna Fora

Ka September 1959, ’na le Anne re ile ra memeloa ho ea sebetsa Bethele ea Paris, Fora, moo ke ileng ka fuoa kabelo ea ho okamela khatiso. Ho fihlela re fihla ka January 1960, khatiso e ne e etsoa ke feme ea khoebo. Kaha ka nako eo Molula-Qhooa o ne o thibetsoe Fora, re ne re hatisa makasine ena khoeli le khoeli ka sebōpeho sa bukana e maqephe a 64. Bukana ena e ne e bitsoa The Interior Bulletin of Jehovah’s Witnesses, ’me e ne e e-na le lihlooho tse ithutoang liphuthehong khoeling eo. Ho tloha ka 1960 ho fihlela ka 1967, palo ea ba kopanelang mosebetsing oa ho bolela Fora e ile ea eketseha ho tloha ho 15 439 ho ea ho 26 250.

Qetellong, baromuoa ba bangata ba ile ba isoa libakeng tse ling, ba bang ba isoa linaheng tsa batho ba buang Sefora Afrika ’me ba bang ba khutlisetsoa Quebec. Kaha Anne o ne a kula ’me ho hlokahala hore a buuoe, re ile ra khutlela Quebec. Ka mor’a lilemo tse tharo tsa kalafo, Anne o ile a hlaphoheloa. Eaba ke fuoa kabelo ea mosebetsi oa potoloho, ke etela liphutheho tse sa tšoaneng beke le beke ho li khothatsa moeeng.

Mosebetsi oa Boromuoa Afrika

Ka mor’a lilemo tse seng kae, ka 1981, re ile ra nyakallela ho fumana kabelo e ncha ea ho ba baromuoa Zaire, eo hona joale e leng Democratic Republic of Congo. Batho ba ne ba futsanehile ’me ba e-na le mathata a mangata. Ha re fihla, ho ne ho e-na le Lipaki tse 25 753, empa kajeno palo eo e nyolohetse ka holimo ho 113 000 ’me ba 446 362 ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 1999!

Ka 1984 ’muso o ile oa re fa setša sa lihekthere tse 200 bakeng sa ho haha ofisi e ncha ea lekala. Joale, ka December 1985, kopano ea machaba e ile ea tšoareloa motse-moholo, Kinshasa, ’me kopanong eo ho ile ha e-ba le baeti ba 32 000 ba neng ba e-tsoa likarolong tse ngata tsa lefatše. Ka mor’a moo, khanyetso e neng e hlohlelletsoa ke baruti e ile ea sitisa mosebetsi oa rōna Zaire. Ka la 12 March, 1986, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba fuoa lengolo le neng le phatlalatsa hore mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova oa Zaire o thibetsoe ka molao. Thibelo ena ea mesebetsi eohle ea rōna e ne e tekennoe ke eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa naha, e leng mofu Mobutu Sese Seko.

Ka lebaka la liketsahalo tseo tsa tšohanyetso, re ile ra tlameha ho sebelisa keletso ea Bibele e reng: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3, NW) Re ile ra fumana mokhoa oa ho fumana pampiri, enke, filimi, lipoleiti tsa khatiso le lik’hemik’hale ka ntle ho naha e le hore re ka hatisetsa lingoliloeng tsa rōna Kinshasa. Re ile ra boela ra qapa mokhoa oo re neng re tla li aba ka oona. Hang ha re lokisitse lintho, mokhoa oo re neng re o sebelisa o ne o sebetsa hamolemo ho feta tšebeletso ea poso ea ’muso!

Lipaki tse likete li ile tsa tšoaroa, ’me tse ngata li ile tsa hlokofatsoa ka sehlōhō. Empa, ntle ho mekhelo e seng mekae, li ile tsa mamella tšoaro e joalo ’me tsa boloka botšepehi ba tsona. Le ’na ke ile ka tšoaroa ’me ka bona maemo a tšabehang ao barab’abo rōna ba neng ba le tlas’a ’ona literonkong. Hangata mapolesa a sekhukhu le ba boholong ba ne ba re hatella ka litsela tsohle, empa kamehla Jehova o ne a bula tsela ea ho tsoa.—2 Bakorinthe 4:8.

Re ne re patile mabokose a ka bang 3 000 a lingoliloeng ntlong ea polokelo ea thepa ea rakhoebo e mong. Leha ho le joalo, e mong oa basebetsi ba hae o ile a qetella a bolelletse mapolesa a sekhukhu, ’me a ile a tšoara rakhoebo enoa. Ha ba le tseleng e eang teronkong, ka tšohanyetso ba ile ba teana le ’na ke le ka koloing ea ka. Rakhoebo eo o ile a a bolella hore ke ’na ea entseng tokisetso ea hore a boloke lingoliloeng tseo. Mapolesa a ile a emisa ’me a mpotsa ka hona, a nqosa ka ho beha lingoliloeng tse thibetsoeng ka molao ntlong ea polokelo ea thepa ea monna enoa.

Ke ile ka botsa: “Na le nkile e ’ngoe ea libuka tseo?”

Ba ile ba araba: “Ehlile ho joalo.”

Ka botsa: “Na nka e bona?”

Ba ile ba mpha e ’ngoe, ’me ka ba bontša leqephe la eona le ka hare, le reng: “E hatisitsoe United States of America ke Watch Tower Bible & Tract Society.”

“Seo le se tšoereng ke thepa ea Amerika ’me hase ea Zaire.” Ke ile ka ba hopotsa: “’Muso oa lōna o thibetse mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova oa Zaire o lumeletsoeng ka molao eseng Watch Tower Bible & Tract Society ea United States. Ka hona, le lokela ho ba hlokolosi haholo ka seo le se etsang ka lingoliloeng tsena.”

Ke ile ka lumelloa ho tsamaea hobane ba ne ba se na taelo ea lekhotla ea ho ntšoara. Mantsiboeeng ao, re ile ra khanna literaka tse peli ra ea ntlong ea polokelo ea thepa ’me ra nka lingoliloeng tse ho eona kaofela. Ha ba boholong ba fihla letsatsing le latelang, ba ile ba halefa haholo ha ba fumana ho se na letho sebakeng seo. Ka nako ena ba ne ba batla ’na, kaha joale ba ne ba e-na le taelo ea lekhotla ea hore ke tšoaroe. Ba ile ba mphumana, ’me kaha ba ne ba se na koloi, ke ile ka ikisa teronkong ka koloi ea ka! Paki e ’ngoe e ile ea mphelehetsa e le hore e ka khutla le koloi ea ka pele ba ka e nka.

Ka mor’a ho hlongoa lipotso ka lihora tse robeli, ba ile ba etsa qeto ea ho nteleka naheng eo. Empa ke ile ka ba bontša kopi ea lengolo le tsoang ’musong le tiisang hore ke khethetsoe ho rekisa thepa ea mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova oa Zaire oo hona joale o thibetsoeng. Kahoo, ke ile ka lumelloa hore ke tsoele pele ka mosebetsi oa ka Bethele.

Ka mor’a lilemo tse ’nè ke sebetsa tlas’a likhatello tsa thibelo ea mosebetsi Zaire, ke ile ka ba le liso tsa ka maleng tse tsoang mali tse neng li behile bophelo ba ka kotsing. Ho ile ha etsoa qeto ea hore ke lokela ho tloha moo ke ee Afrika Boroa moo ke tla alafeloa teng, moo lekala le ileng la ntlhokomela hantle haholo, ’me ke ile ka hlaphoheloa. Ka mor’a lilemo tse robeli ke sebeletsa Zaire, e leng phihlelo e hopolehang le e thabisang, re ile ra ea lekaleng la Afrika Boroa ka 1989. Ka 1998 re ile ra khutlela ha habo rōna ’me ho tloha ka nako eo re ’nile ra sebetsa Bethele ea Canada hape.

Ho Ananela Tšebeletso

Ha ke talima morao lilemong tse 54 tseo ke bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka tsona, ke ananela haholo hore ebe ke sebelisitse matla a ka a bocha tšebeletsong ea bohlokoa ea Jehova. Le hoja Anne a ile a tlameha ho mamella maemo a mangata a lekang, ha a e-s’o belaele empa o ’nile a ntšehetsa mesebetsing ea rōna eohle. Re le hammoho, re bile le tokelo ea ho thusa ba bangata hore ba tsebe Jehova, ba ’maloa ba bona hona joale ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Re thaba haholo ha re bona ba bang ba bana ba bona esita le litloholo tsa bona ba sebeletsa Molimo oa rōna e moholo, Jehova!

Ke kholisehile hore ha ho letho leo lefatše lena le ka fanang ka lona le ka bapisoang le litokelo le litlhohonolofatso tseo Jehova a re fileng tsona. Ka sebele, re mameletse liteko tse ngata, empa kaofela ha tsona li hahile tumelo ea rōna le tšepo ea rōna ho Jehova. Ka sebele e bile tora e fanang ka matla, setšabelo le thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Buka ena qalong e ne e hatisitsoe ka Sejeremane, e le Kreuzzug gegen das Christentum (Crusade Against Christianity [Ho Hlaseloa ha Bokreste]). E ne e fetoletsoe Seforeng le Sepolisheng empa ha ea ka ea fetolelloa Senyesemaneng.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ha re ne re bula maliboho hammoho ka 1947; ke na le Anne kajeno

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Batho bao re neng re kopana le bona Zaire ba ne ba rata ’nete ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela