PALE EA BOPHELO
Esale re Ithuta ho Morupeli oa Rona e Moholo
HA ’NA le mosali oa ka re ntse re le bo-pula-maliboho le ha re ne re etsa mosebetsi oa borumuoa, re ile ra tobana le maemo a kotsi a kang lintoa, maholiotsoana, masole a hlometseng a neng a hlahloba batho litseleng le mekoallo e chesitsoeng. Ka linako tse ling, re ne re tlameha ho baleha libakeng tseo re neng re lula ho tsona. Le hoja re kopane le mathata, ha re ikoahlaele liqeto tseo re ileng ra li etsa bophelong hobane esale Jehova a re tšehelitse le ho re hlohonolofatsa bophelong bohle ba rona. Morupeli oa rona e Moholo Jehova o boetse o re rutile lithuto tsa bohlokoa bophelong.—Jobo 36:22; Esa. 30:20.
MOHLALA OA BATSOALI BA KA
Ka 1957, batsoali ba ka ba ile ba falla Italy ba ea Kindersley e profinseng ea Saskatcheoan, naheng ea Canada. Nakoana ka mor’a moo, ba ile ba ithuta ’nete ’me e ile ea e-ba eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona. Ke hopola ha ke sa le ngoana, ke qeta nako e ngata ke le tšimong le ba lelapa leso. Ka linako tse ling ha ke bua le batho ba bang ke ee ke soasoe ke re ke qalile ho ba “pula-maliboho e thusang” ke le lilemo li robeli feela.
’Na le lelapa leso ka bo1966
Batsoali ba ka ba ne ba futsanehile empa ba ile ba re behela mohlala o motle oa ho itella Jehova. Ka mohlala, ka 1963 ba ile ba rekisa lintho tsa bona tse ngata e le hore ba ka ba le chelete e lekaneng ea ho ea kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Pasadena e California, naheng ea Amerika. Ka 1972, re ile ra fallela toropong ea Trail e profinseng ea British Columbia naheng ea Canada, e bohole ba lik’hilomithara tse ka bang tse 1 000 ho tloha moo re neng re lula teng. Re ne re batla ho e’o thusa tšimong ea batho ba buang Setaliana. Ntate oa ka o ne a etsa mosebetsi oa ho hloekisa. O ile a hana ho nyolloa mosebetsing hobane o ne a batla ho sebelisa nako ea hae a sebeletsa Jehova.
Ke ananela mohlala o motle oo batsoali ba ka ba o behetseng ’na le bana beso ba bararo. Mohlala oa bona e bile eona ntho ea pele e ileng ea nthusa koetlisong ea ka tšebeletsong ea Jehova. Ba nthutile ntho ea bohlokoa eo nke keng ka e lebala, hore haeba ke beha ’Muso oa Molimo pele bophelong ba ka, Jehova o tla ntlhokomela.—Mat. 6:33.
HA RE QALA TŠEBELETSO EA NAKONG E TLETSENG
Ka 1980, ke ile ka nyalana le Debbie, e leng morali oa bo rona ea motle ea neng a tseba hantle hore na o batla ho sebeletsa Jehova joang. Re ne re batla ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, kahoo Debbie e ile ea e-ba pula-maliboho likhoeli tse tharo ka mor’a hore re nyalane. Selemo ka mor’a hore re nyalane, re ile ra fallela phuthehong e nyenyane moo ho neng ho e-na le tlhokahalo ’me le ’na ke ile ka e-ba pula-maliboho.
Ka letsatsi la rona la lenyalo ka 1980
Ka mor’a nako e itseng, re ile ra nyahama eaba re batla ho falla. Leha ho le joalo, pele re tsamaea re ile ra bua le molebeli oa potoloho. Ka bonolo o ile a re bolella ’nete a re: “Le karolo ea bothata. Le nahana haholo ka mathata ao le nang le ’ona. Empa haeba le ne le ka shebana le lintho tse ntle tse etsahalang, le ne le tla li bona.” Eo e ne e le keletso eo re neng re e hloka. (Pes. 141:5) Re ile ra sebelisa keletso eo hang-hang ’me ra hlokomela hore ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse ntle tse etsahalang. Batho ba ’maloa ka phuthehong ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng, ho akarelletsa bacha le ba bang bao balekane ba bona eseng Lipaki. Seo se ile sa re ruta thuto ea bohlokoa. Re ithutile ho shebana le lintho tse ntle le ho letela Jehova hore a lokise maemo a ka bonahalang a le boima. (Mik. 7:7) Re ile ra boela ra thaba ’me maemo a ile a ntlafala.
Barupeli ba sekolo sa rona sa pele sa bo-pula-maliboho ba ne ba kile ba sebeletsa linaheng tse ling. Ha ba ntse ba re bontša lifoto le ho re bolella litlhohonolofatso le mathata ao ba bileng le ’ona, seo se ile sa etsa hore re batle ho ba baromuoa. Kahoo, re ile ra etsa qeto ea hore re ipehele pakane ea ho ba baromuoa.
Holong ea ’Muso e British Columbia ka 1983
E le ho finyella pakane eo, ka 1984 re ile ra ea Quebec moo ho buuoang Sefora, e leng bohole ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 4 000 ho tloha British Columbia. Re ile ra tlameha ho ithuta puo e ncha le tsela eo batho ba moo ba etsang lintho ka eona. Bothata bo bong e ne e le hore hangata re ne re se na chelete e lekaneng. Ho na le nako eo re neng re phela ka ho khoahlapisa litapole tšimong ea motho e mong. Debbie o ile a ithuta mekhoa e mecha ea ho pheha litapole ka tsela e monate. Ho sa tsotellehe mathata, re ile ra etsa sohle seo re ka se khonang ho mamella re thabile. Ho ekelletsa moo, re ile ra bona hore Jehova o ne a ntse a re hlokomela.—Pes. 64:10.
Ka le leng re ile ra letsetsoa ke Bethele e Canada re sa lebella. Re ne re memeloa ho ea sebeletsa moo. Le hoja re ne re thabetse memo eo, re ne re boetse re nyahame hobane re ne re ile ra kenya kopo ea ho ea Sekolong sa Gileade. Leha ho le joalo, re ile ra etsa qeto ea ho ea Bethele. Ha re fihla re ile ra botsa Mor’abo rona Kenneth Little e leng setho sa Komiti ea Lekala ra re, “Ho tl’o etsahala’ng ka likopo tsa rona tsa ho ea Gileade?” O ile a re, “Re tla boka ha li oroha.”
Beke hamorao, li ile tsa oroha hobane ’na le Debbie re ile ra memeloa ho ea Sekolong sa Gileade. Kahoo, re ne re tlameha ho etsa qeto. Mor’abo rona Little o ile a re ho rona: “Ho sa tsotellehe hore na le etsa qeto efe, ka matsatsi a mang le tla lakatsa eka le ka be le entse qeto e fapaneng le eo le e entseng. Ha ho na qeto e molemo ho feta e ’ngoe, Jehova a ka hlohonolofatsa qeto leha e le efe.” Re ile ra etsa qeto ea ho ea Gileade ’me le ka mor’a lilemo tse ngata, rea bona hore Mor’abo rona Little o ne a opile khomo lenaka. Hangata re ne re bua mantsoe ana a Mor’abo rona Little ho batho ba neng ba tlameha ho etsa qeto ea hore na ba tla amohela tšebeletso efe.
HA RE NTSE RE LE BAROMUOA
(Ka lehlakoreng le letšehali) Ulysses Glass
(Ka lehlakoreng le letona) Jack Redford
Re ne re thabile haholo ho ba karolo ea baithuti ba 24 ba tlelase ea bo83 ea Gileade e neng e tšoaretsoe Brooklyn e New York ka April 1987. Mor’abo rona Ulysses Glass le Mor’abo rona Jack Redford e ne e le bona barupeli ba rona ba ka sehloohong. Likhoeli tse hlano li ile tsa feta kapele eaba re abeloa mangolo a rona ka la 6 September 1987. Re ile ra abeloa ho ea sebeletsa Haiti le Mor’abo rona John le Morali oa bo rona Marie Goode.
Haiti ka 1988
Baromuoa ba tsoang Sekolong sa Gileade esale ba qetela ho romeloa Haiti ka 1962, ha baromuoa ba neng ba le moo ba lelekoa. Libeke tse tharo ka mor’a kabo ea mangolo, re ile ra qala ho sebetsa phuthehong e nyenyane Haiti e neng e le hare-hare lithabeng, ea bahoeletsi ba 35. Re ne re ntse re le banyenyane lilemong ’me re e-na le lintho tse ngata tseo re tlamehang ho ithuta tsona re bile re le bang lehaeng la baromuoa. Batho ba moo ba ne ba kolla ntsi hanong ’me boholo ba bona ba ne ba sa tsebe ho bala. Ha re ntse re le moo, ho ile ha e-ba le maholiotsoana, litoitoi, batho ba neng ba leka ho liha ’muso hammoho le lintoa tse neng li bakoa ke mathata a lipolotiki.
Re ile ra ithuta ho hongata ho bara le barali ba bo rona ba Haiti ba neng ba lula ba thabile ebile ba le matla. Ba bangata ba bona ba ne ba e-na le mathata a mangata empa ba ne ba rata Jehova le tšebeletso ea tšimo. Morali oa bo rona e mong ea holileng o ne a sa tsebe ho bala empa o ne a tseba mangolo a 150 ka hlooho. Mathata ao re neng re kopana le ’ona a ne a matlafatsa tumelo ea rona ’me a re susumelletsa hore re bolelle batho hore ’Muso oa Molimo ke eona feela tharollo ea mathata a moloko ’ohle oa batho. Ho re ama pelo ho bona batho bao re neng re ithuta Bibele le bona ba se ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla, ba khethehileng le baholo.
Ha re ntse re le Haiti, ke ile ka kopana le moromuoa e mong e mocha oa Momormon ea bitsoang Trevor ’me re ile ra ba le monyetla oa ho buisana ka Bibele ka makhetlo a seng makae. Lilemo hamorao, o ile a nthomella lengolo ke sa lebella. Lengolong leo o ile a re: “Ke e’o kolobetsoa kopanong e latelang ea potoloho. Ke batla ho khutlela Haiti ke e’o ba pula-maliboho e khethehileng moo ke neng ke le moromuoa oa Momormon.” O ile a etsa sona seo ’me eena le mosali oa hae e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ka lilemo tse ngata.
HO TLOHA EUROPE HO EA AFRIKA
Ha ke le Slovenia ka 1994
Re ile ra abeloa ho ea sebeletsa karolong e ’ngoe ea Europe moo mosebetsi oa boboleli o neng o se o sa thibeloa. Ka 1992 re ile ra fihla Ljubljana e Slovenia, haufi le moo batsoali ba ka ba holetseng teng pele ba fallela Italy. Ntoa e ne e ntse e kupa ka nako eo libakeng tse neng li le Yugoslavia ea mehleng. Mosebetsi oa boboleli o neng o etsoa libakeng tseo o ne o hlokomeloa ke bara ba bo rona ba Vienna e Austria, Zagreb e Croatia le Belgrade e Serbia. Hona joale naha e ’ngoe le e ’ngoe e ikemetseng e ne e tla ba le ofisi ea lekala.
Sena se ne se bolela hore re tla lokela ho ithuta puo e ncha le setso se secha. Batho ba moo ba ne ba tloaetse ho re, “Jezik je težek,” e bolela’ng “Puo ea mona e thata.” Ba ne ba sa fosa! Re ne re tsota kamoo bara le barali ba bo rona ba tšepahallang Jehova kateng hobane ba ne ba lula ba ikemiselitse ho amohela liphetoho tse neng li etsoa mokhatlong ’me re ile ra bona kamoo Jehova a ileng a ba hlohonolofatsa kateng. Sena se ile sa boela sa re bontša hore Jehova o lula a lokisa lintho ka nako e nepahetseng. Re ithutile lintho tse ngata haholo ha re ntse re le Slovenia ’me tse ling tsa lintho tseo re ithutileng tsona pele re ea moo, li re thusitse ho mamella mathata ao re ileng ra tobana le ’ona.
Empa ho ne ho ntse ho e-na le liphetoho tse ngata tseo re neng re tla tobana le tsona. Ka selemo sa 2000, re ile ra abeloa ho e’o sebeletsa Côte d’Ivoire e Afrika Bophirimela eaba ka November 2002, re balehela Sierra Leone ka lebaka la ntoa ea lehae. Ho ne ho sa tsoa fela ntoa ea lehae e ileng ea nka lilemo tse 11 moo. Ho ne ho se bonolo ho tloha Côte d’Ivoire kapele joalo. Leha ho le joalo, lintho tseo re ileng ra ithuta tsona li ile tsa re thusa hore re lule re thabile.
Ha re fihla moo, re ile ra tsepamisa mohopolo ho batho ba neng ba batla ho ithuta Bibele le ho bara le barali ba bo rona ba ratehang ba neng ba mamelletse ntoa ka lilemo tse ngata. Le hoja ba ne ba futsanehile, ba ne ba ikemiselitse ho arolelana le ba bang lintho tseo ba neng ba e-na le tsona. Morali oa bo rona e mong o ne a batla ho fa Debbie liaparo. Qalong Debbie o ne a sa batle ho li amohela empa morali eo oa bo rona o ile a mo phehella a re: “Nakong ea ntoa, bara le barali ba bo rona ba linaheng tse ling ba ile ba re thusa. Joale ke nako ea hore le rona re le thuse.” Re ne re ikemiselitse ho ba etsisa.
Hamorao re ile ra khutlela Côte d’Ivoire empa maemo a lipolotiki a ile a baka ntoa hape. Kahoo, ka November 2004 re ile ra nkoa ka helicopter, e mong le e mong a nkile mokotla o le mong o boima ba lik’hilograma tse 10. Re ile ra isoa setsing sa masole a Fora. Bosiung boo re ile ra robala fatše eaba letsatsing le hlahlamang re isoa Switzerland. E ne e le ka khitla ha re fihla ofising ea lekala e Switzerland. Bara ba bo rona ba Komiti ea Lekala le barupeli ba Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (MTS) hammoho le basali ba bona ba ile ba re amohela ka mofuthu, ba re haka, ba re fa lijo tse chesang le chocolate e ngata ea Switzerland. Re ile ra utloa re ratoa haholo.
O bua le baphaphathehi Côte d’Ivoire ka 2005
Re ile ra abeloa ho ea sebeletsa Ghana ka nakoana eaba re khutlela Côte d’Ivoire ka mor’a hore ntoa ea lehae e kokobele. Bara le barali ba bo rona ba ile ba re tšoara ka mosa ’me seo se re thusitse haholo tlas’a maemo ana a neng a sa tsitsa le likabelong tsa rona tse neng li fetoha nako le nako. ’Na le Debbie re ile ra lumellana ka hore le hoja ho tloaelehile hore Bakreste ba bontšane lerato ka har’a mokhatlo oa Jehova, rona ha re na nka taba ena hanyane empa re tla lula re e ananela. Hamorao re ile ra hlokomela hore ha e le hantle maemo ao a neng a le boima a ne a re koetlisa.
BOCHABELA BO HARE
Ha re le Bochabela bo Hare ka 2007
Ka 2006, re ile ra fumana lengolo le tsoang ntlo-kholo le neng le re bolella ka kabelo ea rona e ncha e Bochabela bo Hare. Sena se ne se bolela hore re ne re tla tlameha ho boela re itloaetsa maemo a macha, re ithuta lipuo le litso tse ncha. Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo re neng re lokela ho ithuta tsona sebakeng sena se neng se e-na le tšusumetso e matla ea lipolotiki le bolumeli. Re ne re thabela lipuo tse sa tšoaneng liphuthehong tsa moo ’me re ile ra bona hore ho latela tataiso ea mokhatlo, ho ne ho etsa hore bara le barali ba bo rona ba momahane. Re ile ra khahloa ke sebete seo bara le barali ba bo rona ba ileng ba se bontša hobane boholo ba bona ba ile ba mamella ha ba ne ba hanyetsoa ke ba malapa a bona, bana bao ba kenang sekolo le bona, basebetsi-’moho le baahisani.
Ka 2012, re ile ra ea kopanong e khethehileng e neng e tšoaretsoe Tel Aviv, Iseraele. E ne e le lekhetlo la pele batho ba Jehova sebakeng sena ba bokana ka bongata joalo ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E. Ena e ne e le ketsahalo eo re neng re ke ke ra e lebala le ka mohla!
Lilemo tsena tseo re li qetileng re le Bochabela bo Hare, re ile ra romeloa naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Re ile ra ea re tšoere lingoloa, ra kopanela mosebetsing oa boboleli ra boela ra ea le likopanong tse nyenyane. Hohle moo re neng re ea teng, ho ne ho e-na le masole a hlometseng ebile litsela tse ling li koetsoe empa rona le bahoeletsi ba ’maloa bao re neng re tsamaea le bona, re ne re ikutloa re sireletsehile hobane re ne re le hlokolosi.
RE KHUTLELA AFRIKA
O lokisetsa puo a le Congo ka 2014
Ka 2013, re ile ra fuoa kabelo e neng e fapane hole le tse ling tseo re kileng ra li fuoa. Re ile ra abeloa ho ea lekaleng le Kinshasa e Congo empa ka masoabi, naha ena e ntle e ne e e-ba le lintoa hangata ’me batho ba teng esale ba aparetsoe ke bofutsana bo otlang pelo. Qalong re ile ra re, “Re tseba Afrika, kahoo re ke ke ra ba le bothata ba ho lula Congo.” Empa ho na le lintho tse ngata tseo re neng re lokela ho ithuta tsona haholo ha re ea libakeng tse ling moo litsela tsa teng li neng li se hantle. Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse molemo tseo re ka tsepamisang mohopolo oa rona ho tsona. Re ne re bona kamoo bara le barali ba bo rona ba tsoelang pele ho sebeletsa Jehova kateng ba thabile. Le hoja ba ne ba e-na le mathata a lichelete, ba ne ba rata tšebeletso ea tšimo ’me ba etsa boiteko ba ho ea libokeng le likopanong. Re ile ra hlokomela hore mosebetsi oa boboleli o ne o atleha hobane Jehova o ne a o tšehetsa a bile a o hlohonolofatsa. Nako eo re e qetileng tšebeletsong ea nako e tletseng re le Congo, e re file monyetla oa ho ithuta lithuto tsa bohlokoa haholo le ho ba le metsoalle e kang lelapa ho rona.
Ha re ntse re bolela Afrika Boroa ka 2023
Qetellong ea 2017, re ile ra fihla kabelong ea rona e ncha Afrika Boroa. Lena ke lekala le leholo ka ho fetisisa ho makala ao re kileng ra sebeletsa ho ’ona. Mosebetsi oo re ileng ra o abeloa le oona o ne o le mocha ho rona. Re ne re boetse re tlameha ho ithuta lintho tse ngata empa lintho tseo re ileng ra ithuta tsona nakong e fetileng li ile tsa re thusa. Re rata bara le barali ba bo rona ba bangata ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata. Ho thabisa haholo bo bona lelapa la Bethele le sebetsa le momahane le hoja e le batho ba litso le merabe e fapaneng. Ho hlakile hore Jehova ke eena ea hlohonolofatsang batho ba hae le ho ba fa khotso ha ba ntse ba leka ho apara botho bo bocha le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.
Lilemong tse fetileng, ’na le Debbie re ile ra fumana likabelo tse thabisang, ra ithuta litso tse sa tšoaneng le lipuo tse ncha. Ho ne ho se bonolo empa re bone kamoo Jehova a sebelisitseng bara le barali ba bo rona hammoho le mokhatlo oa hae kateng ho re bontša hore oa re rata. (Pes. 144:2) Lintho tse ngata tseo re ithutileng tsona tšebeletsong ea nako e tletseng li re thusitse ho ntlafatsa tsela eo re sebeletsang Jehova ka eona.
Ke ananela tsela eo batsoali ba ka ba nkholisitseng ka eona le kamoo mosali oa ka eo ke mo ratang Debbie a ntšehelitseng kateng. Ke boetse ke ananela mohlala oo bara le barali ba bo rona lefatšeng lohle ba mpehetseng oona. Ha re nahana ka bokamoso, re ikemiselitse ho tsoela pele re ithuta lintho tse ngata tseo Morupeli oa rona e Moholo Jehova a batlang ho re ruta tsona.