Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w18 August maq. 13-17
  • Nke ke ka Lumella Matsoho a ka ho Tepella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nke ke ka Lumella Matsoho a ka ho Tepella
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LELAPA LESO
  • BOPHELO BA KA HA KE LE PULA-MALIBOHO
  • KE ITHUTILE LINTHO TSE NGATA
  • MATHATA A HLOA MEKOALABA
  • RE RUPELA BARAB’ABO RONA KA PUO EA BONA
  • MOSEBETSI O ILENG OA ETSOA CENTRAL AFRICAN REPUBLIC
  • MORATUOA OA KA EA RATANG MOLIMO
  • LINAHENG TSE LING TSA AFRIKA
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001
  • Leeto le Thabisang Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Esale re Ithuta ho Morupeli oa Rona e Moholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ho Ithuta Mehlaleng e Metle ho Entse Hore ke Hlohonolofatsoe Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
w18 August maq. 13-17

PALE EA BOPHELO

Nke ke ka Lumella Matsoho a ka ho Tepella

Joalokaha ho boletse Maxim Danyleyko

BACHA ba bangata Bethele ba mpitsa “Ntate” le “Papa”. Kaha ke se ke holile (o lilemo li 89), kea thaba ha ba mpitsa joalo. Ena ke tsela e ’ngoe eo Jehova a ntlhohonolofalitseng ka eona ka mor’a ho mo sebeletsa lilemo tse 72 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng. Kahoo, ka lebaka la lilemo tseo ke li qetileng ke sebeletsa Jehova, ke khona ho khothatsa bacha ba Bethele ka mantsoe ana a reng: “Le se ke la lumella matsoho a lōna ho tepella, hobane moputso o teng bakeng sa mosebetsi oa lōna.”—2 Likron. 15:7.

LELAPA LESO

Maxim Danyleyko

Batsoali ba ka ba ile ba tloha Ukraine ’me ba fallela naheng ea Canada. Re ile ra lula profinseng ea Manitoba e toropong ea Rossburn. Lapeng re bana ba 16, bashanyana ba robeli le banana ba robeli. ’Na ke oa bo14. Ntate o ne a rata Bibele ’me a re balla eona hoseng ho hong le ho hong ka Sontaha. Empa o ne a nka kereke e le mokhoa oa ho iketsetsa chelete. O ne a tloaetse ho soasoa a re: “Kea ipotsa hore na Jesu o ne a lefuoa ke mang ha a ntse a ruta Evangeli.”

Banab’eso ba robeli e ile ea e-ba Lipaki. Ausi oa ka Rose, e leng oa borobeli lapeng, e ile ea e-ba pula-maliboho ho fihlela a hlokahala. O ne a lula a re khothalletsa ho bala Bibele ’me kamehla a re o batla ho re bona lefatšeng le lecha. Abuti oa ka e mong eo lebitso la hae e leng Ted, o ne a ruta batho thuto ea lihele pele e e-ba paki. Sontaha se seng le se seng hoseng o ne a ruta batho hore ba tla cha mollong oa lihele ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, hamorao o ile a tšepahalla Jehova a ba a mo sebeletsa ka mafolofolo.

BOPHELO BA KA HA KE LE PULA-MALIBOHO

Ka letsatsi le leng ha ke fihla lapeng ke tsoa sekolong ke ile ka fumana bukana e ’ngoe e bitsoang The Coming World Regenerationa e behiloe holim’a tafole. E ne e le ka June 1944. E ile ea ’natefela hoo ke ileng ka e bala kaofela. Ka mor’a hore ke qete ho e bala, ke ile ka etsa qeto ea hore ke sebeletse Jehova joaloka Jesu.

Abuti oa ka e mong eo lebitso la hae e leng Steve o ile a reka bukana eo ho bo-ntate ba babeli ba ileng ba fihla lapeng ba ntse ba “rekisa” libuka le libukana. O ile a re o e rekile hobane e ne e le lisente tse hlano feela. Bo-ntate bao ba ile ba khutla hape Sontaha se hlahlamang. Ba re bolella hore ke Lipaki Tsa Jehova le hore ba araba lipotso tsa batho ba sebelisa Bibele. Re ile ra thaba kaha batsoali ba rona ba ne ba re rutile ho hlompha Lentsoe la Molimo. Bo-ntate bao ba ile ba boela ba re ho ne ho tla ba le kopano ea Lipaki Tsa Jehova Winnipeg, toropong eo ausi oa ka Elsie a neng a lula ho eona. Ke ile ka etsa qeto ea ho ea kopanong eo.

Ke ile ka tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 320 ka baesekele ho ea Winnipeg eaba ke kha moea ha ke fihla Kelwood, e leng moo bo-ntate bane ba Lipaki ba lulang teng. Ha ke ntse ke le moo ke ne ke e-ea libokeng ’me ke ithuta le hore na phutheho e lokela ho ba joang. Ke ile ka boela ka hlokomela hore batho bohle esita le bacha ba lokela ho etsisa Jesu ka hore ba ee ka ntlo le ntlo ba rute batho Bibele.

Ha ke le Winnipeg ke ile ka kopana le abuti oa ka e mong eo lebitso la hae e leng Jack. Le eena o ne a tlile kopanong a tsoa Ontario. Letsatsing la pele la kopano eo, molula-setulo o ile a etsa tsebiso ea hore ho tla ba le batho ba kolobetsoang. ’Na le abuti oa ka re ile ra etsa qeto ea ho kolobetsoa. Re ile ra ikemisetsa ho ba bo-pula-maliboho hang ka mor’a hore re kolobetsoe. Ka mor’a kopano eo, abuti Jack e ile ea e-ba pula-maliboho. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 16 ebile ke ntse ke kena sekolo, ke ile ka ba pula-maliboho selemong se hlahlamang.

KE ITHUTILE LINTHO TSE NGATA

’Na le mor’abo rona Stan Nicolson re ile ra sebetsa re le bo-pula-maliboho toropong ea Souris e profinseng ea Manitoba. Ka hlokomela hore ho ba pula-maliboho ha se ntho e bonolo ka linako tsohle. Butle-butle chelete ea rona e ile ea fela empa re ile ra tsoela pele ho bolella batho molaetsa oa Bibele. Jehova o ile a re hlohonolofatsa kaha ha rea ka ra lumella matsoho a rona hore a tepelle. Ka lekhetlo le leng ha re khutla tšimong ka mor’a ho sebetsa letsatsi lohle, re lapile re se na le ha e le sente e ntšo, ra re ptjang ptjang le mokotla oa lijo monyako ra nt’o ja joaloka marena. Ha e le ntle khoeli eo e ile ea fela ke nonne.

Likhoeli tse seng kae hamorao re ile ra abeloa ho ea sebetsa toropong ea Gilbert Plains e leng sebaka sa lik’hilomithara tse 240 ka leboea ho Souris. Mehleng eo, phutheho ka ’ngoe e ne e e-na le lematjana la litsebiso le behiloeng sethaleng. Le ne le bontša mosebetsi oa tšimo oa khoeli le khoeli. Khoeling e ’ngoe phutheho e ne e sa sebetsa hantle tšimong eaba ke ka fana ka puo e khothalletsang bahoeletsi ho phahamisa likausi. Ka mor’a liboka, morali’abo rona e mong oa pula-maliboho ea seng a holile eo molekane oa hae e seng Paki o ile a bua le ’na a sekisitse meokho a re: “Ke lekile ho sebetsa ka thata empa ha ke khone ho sebetsa kamoo ke batlang kateng.” Ke ile ka utloa bohloko hoo ke ileng ka lla eaba ka mor’a moo ka kopa tšoarelo.

Kaha bacha ba bangata ba sa le mahlahahlaha, ho bonolo hore ba etse liphoso ebe ba ikutloela bohloko ka mor’a moo. Ke eona ntho e ileng ea nketsahalla, empa ho e-na le hore ke nyahame, ke ile ka ithuta liphosong tsa ka le hore ke lokela ho ntlafatsa moo ho hlokehang. Ka boela ka ithuta hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re tšepahala.

MATHATA A HLOA MEKOALABA

Ha ke le lilemo li 21, ke ile ka ba le monyetla oa ho ba tlelaseng ea bo14 Sekolong sa Gileade. Se ile sa fela ka February 1950. Bara le barali babo rona ba ka bang 25 bao ke neng ke le tlelaseng le bona, ba ile ba romeloa tšimong eo batho ba teng ba buang Sefora profinseng ea Quebec naheng ea Canada. Lipaki Tsa Jehova li ne li hlorisoa sebakeng seo. Ke ile ka koptjoa ho ea sebetsa toropong ea Val-d’Or e naheng ea Canada. Ka letsatsi le leng, sehlopha se seng sa rona se ile sa ea tšimong motseng oa Val-Senneville. Moruti oa moo o ile a re tšosa ka hore haeba re sa tlohe hang-hang motseng oo, o tla re loantša. Ka mor’a moo, re ile ra mo qosa. Lekhotla le ile la lefisa moruti eo.b

Ntho ena e ileng ea etsahala le tse ling tse tšoanang le eona li ile tsa eketsa mathata a rona. Profinse ea Quebec e ne e laoloa ke kereke ea Roma e K’hatholike ka lilemo tse fetang 300. Baeta-pele ba bolumeli le bo-ralipolotiki ba ne ba hlorisa Lipaki Tsa Jehova. Ho ne ho se bonolo hape re ne re fokola ka palo empa ha rea ka ra lumella matsoho a rona hore a tepelle. Batho ba ratang molaetsa oa rona ba ile ba mamela. Ke ile ka ba le monyetla oa ho ithuta le batho ba fapaneng bao hamorao e ileng ea e-ba Lipaki. Ba bang ba bona e ne e le lelapa la batho ba leshome. Lelapa leo le ile la qala ho sebeletsa Jehova. Kaha ba lelapa leo ba ne ba le sebete, ba ile ba susumetsa batho ba bang hore ba khaotse ho ea kerekeng ea Roma e K’hatholike. Re ile ra tsoela pele ho bolella batho molaetsa oa Bibele ’me qetellong ra hlola mathata a rona kaofela.

RE RUPELA BARAB’ABO RONA KA PUO EA BONA

Ka 1956, ke ile ka koptjoa ho ea sebetsa tšimo ea Haiti. Ho ne ho le thata hore baromuoa ba sa tsoa fihla ba ithute puo ea Sefora empa batho ba ne ba ba mamela. Moromuoa e mong ea bitsoang Stanley Boggus o ile a re: “Re ile ra thaba ha batho ba tšimong eo ba re thusa hore re utloisise puo ea Sefora.” Kaha ke ile ka ithuta Sefora ha ke le Quebec, ke ne ke nahana hore ho ne ho tla ba bonolo ho ruta batho ba Haiti Bibele. Empa ke ile ka hlokomela hore barab’abo rona ba moo ba bua puo ea Secreole sa Haiti. Re ne re lokela ho ithuta puo eo, e le hore mosebetsi oa rona o re nolofalle. Kaha re ile ra etsa joalo, Jehova o ile a re hlohonolofatsa.

Sehlopha se Busang se ile sa re lumella hore re fetolele Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling ka puo ea Secreole sa Haiti e le hore re ka thusa barab’abo rona. Palo ea batho ba tlang libokeng e ile ea eketseha. Ka 1950, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 99 naheng ea Haiti, empa ka 1960 ba ne ba se ba feta 800. Ka nako eo, ke ile ka koptjoa ho ea sebetsa Bethele. Ka 1961 ke ile ka ba le monyetla oa ho ba morupeli Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso. Re ile ra rupela baholo ba 40 le bo-pula-maliboho ba khethehileng sekolong seo. Kopanong e ileng ea tšoaroa ka January 1962, re ile ra khothalletsa barab’abo rona hore ba eketse nako eo ba e qetang ba sebeletsa Jehova. Ba bang e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Khothalletso eo e tlile ka nako e nepahetseng hobane re ile ra hlorisoa hape.

Ka la 23 January, 1962 hantle ka mor’a kopano, ’na le Andrew D’Amico eo le eena e neng e le moromuoa re ile ra tšoaroa. Lingoliloeng tsohle tsa Tsoha! ea 8 January, 1962 li ile tsa nkuoa. Tsoheng! eo ho ne ho qotsitsoe koranta e ’ngoe ea puo ea Sefora e neng e re batho ba Haiti baa loea. Batho ba bang ha baa ka ba thabela sehlooho seo sa Tsoha! kaha ba ne ba re Lipaki Tsa Jehova ke tsona tse ingolletseng sona. Libeke tse seng kae hamorao baromuoa ba ile ba ntšoa ka hare ho naha.c Empa barab’abo rona ba neng ba tsoa thupelong ba ile ba tsoela pele ba sebetsa ka bokhabane. Hona joale kea thaba kaha ba ile ba mamella mahloriso le hore ebe kamano ea bona le Jehova e ile ea ’na ea hola. Ntho e ’ngoe e nthabisang le ho feta ke hore hona joale ba na le Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka puo ea Secreole sa Haiti. Mehleng ea rona re ne re sa lore le ho lora hore ntho e joalo e ka etsahala.

MOSEBETSI O ILENG OA ETSOA CENTRAL AFRICAN REPUBLIC

Ka mor’a hore ke sebeletse Haiti, ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa ke le moromuoa Central African Republic. Hamorao ke ile ka fuoa monyetla oa ho ba molebeli ea tsamaeang, ka boela ka ba molebeli oa lekala.

Mehleng eo, Liholo Tsa ’Muso li ne li se boemong bo botle. Ke ile ka ithuta ho hela joang le ho rulela ka bona. Batho ba fetang ka tsela ba ne ba atisa ho ’makalla ha ba bona ke ntse ke rulela ka joang. Ntho ena e ile ea susumelletsa barab’abo rona hore ba hahe Liholo Tsa ’Muso le ho ntlafatsa tseo ba kopanelang ho tsona. Baruti ba ne ba re soma kaha likereke tsa bona li ne li ruletsoe ka masenke ’me Liholo tsa rona li ruletsoe ka joang empa re ne re sa ba tsotelle hore na ba re’ng. Ho e-na le hoo, re ile ra tsoela pele re rulela ka joang. Ba ile ba khaotsa ho re soma ha leholiotsoana le otla motse-moholo Bangui. Le ile la fefola marulelo a kereke la a lahlela seterateng. Empa marulelo a Holo ea rona ha aa ka a fefoha. Re ile ra haha ofisi e ’ngoe ea lekala le ntlo ea baromuoa ka likhoeli tse hlano feela.d

MORATUOA OA KA EA RATANG MOLIMO

Ha Maxim le Happy Danyleyko ba chata

Ha re ne re chata

Ka 1976, mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o ile oa thibeloa Central African Republic, ke ile ka abeloa ho ea motse-moholo N’Djamena naheng ea Chad. Ke ile ka kopana le morali’abo rona Happy eo e neng e le pula-maliboho e khethehileng ea tsoang naheng ea Cameroon. Re ile ra nyalana ka la 1 April, 1978. Khoeling eona eo, ntoa e ile ea qhoma naheng ea Chad eaba re tšabela ka boroa ho naha. Ha ntoa e lala, re ile ra khutlela moo re lulang ’me ra fumana ntlo ea rona e se e le ntlo-kholo ea linokoane. Re ile ra fumana lingoliloeng tsa rona, mose oa Happy oa lenyalo le limpho tsohle tseo re neng re li fuoe ka lenyalo li le sieo. Empa ha rea ka ra lumella matsoho a rona hore a tepelle. Re ne re ikemiselitse ho tsoela pele ka mosebetsi o mong.

Lilemo tse peli hamorao, ’muso o ile oa re lumella hore re tsoele pele ho bolella batho molaetsa oa Bibele Central African Republic. Kahoo, ra khutlela teng ’me ra tsoela pele ka mosebetsi oa ho potoloha. Re ne re lula ka k’haraveneng. Ka har’a eona ho ne ho e-na le bethe, moqomo oa lilithara tse 200, foriji le setofo sa khase. Ho ne ho le thata ho nka maeto. Ka letsatsi le leng ha re le leetong, mapolesa a ile a re emisa ka makhetlo a ka bang 117.

Ka linako tse ling moo re neng re lula teng mocheso oa teng o ne o ntša koena bolibeng. Ha re le likopanong ho ne ho le thata ho fumana metsi a lekaneng bakeng sa ho kolobetsa batho. Barab’abo rona ba ile ba kha metsi maphaong a noka ’me ba ile ba fumana a lekaneng. Hangata batho ba ne ba kolobeletsoa ka har’a moqomo.

LINAHENG TSE LING TSA AFRIKA

Ka 1980 re ile ra isoa Nigeria. Re ile ra qeta lilemo tse peli le halofo re le Nigeria ’me re ile ra hlopha lintho tse hlokehang bakeng sa ho haha ofisi ea lekala. Barab’abo rona ba ile ba reka mohaho o mekato e ’meli o entsoeng ka masenke le litšepe. Eaba baa o qhaqha ’me ba o hloma setšeng sa lekala. Ka letsatsi le leng, ke ile ka hloella ka holim’a mohaho eaba ke thusa ka ho qhaqha. Motšehare oa mantsiboea ke ile ka leka ho theoha le moo ke neng ke hloeletse le teng. Empa lintho li ne li se li fetohile kaha ho ne ho qhaqhiloe eaba ke oela fatše. Ke ne ke utloa eka ke lemetse hampe. Ngaka e ile ea re ke ee seiponeng eaba ka mor’a teng e bolella Happy hore ha kea lemala hampe. E ile ea re ke mpa ke tabohile mesifa ’me ke tla fola ka mor’a beke.

Maxim le Happy Danyleyko ba tseleng e eang kopano

ORe ea kopanong ka “koloi ea baeti”

Ka 1986 re ile ra ba bapotolohi naheng ea Côte d’Ivoire. Re ile ra potoloha le naheng ea Burkina Faso. Ke ne ke sa tsebe hore lilemo hamorao re tla lula Burkina Faso ka nakoana.

Maxim Danyleyko o lutse pel’a k’haravene ea bona

Nakong eo re neng re potoloha. Re ne re lula ka k’haraveneng

Ke tlohile Bethele e Canada ka 1956, eaba ke khutlela teng ka mor’a lilemo tse 47 e leng ka 2003. Le hoja hae e le Canada, re ne re rata ho lula Afrika.

Maxim Danyleyko o ithuta Bibele le motho

Re ithuta Bibele le motho naheng ea Burkina Faso

Re ile ra khutlela Afrika ka 2007. Ke ne ke le lilemo li 79. Re ile ra abeloa ho ea Burkina Faso ’me ke ile ka ba setho sa Komiti ea lekala naheng eo. Hamorao sebaka seo e ile ea e-ba ofisi ea phetolelo e neng e ikarabella tlas’a ofisi ea lekala ea Benin. Ka August 2013, re ile ra abeloa ho ea sebetsa Bethele e Benin.

Ha Maxim le Happy Danyleyko ba le ofising ea lekala e Benin

’Na le moratuoa oa ka ha re le ofising ea lekala ea Benin

Ke ntse ke tsoela pele ho sebeletsa Molimo le hoja mosifa oa ka o sa fola hantle. Lilemong tse tharo tse fetileng, baholo hammoho le mohats’aka ba ile ba nthusa hore ebe qetellong Gédéon le Frégis bao ke neng ke ithuta Bibele le bona ba kolobetsoe. Hona joale ba sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle.

’Na le mohats’aka re se re sebeletsa lekaleng la Afrika Boroa ’me lelapa le Bethele le re thusa ka lintho tsohle tseo re li hlokang. Afrika Boroa ke naha ea bosupa eo ke ileng ka ba le monyetla oa ho sebeletsa ho eona. Jehova o ile a re hlohonolofatsa ka October 2017 ka hore re be teng ha ho neheloa ntlo-kholo e Warwick, New York. Nke ke ka lebala ketsahalo ena.

Buka ea Selemo ea 1994 leqepheng la 255 e re: “Ho batho bohle ba mamelletseng ’me ba sebelelitse Jehova ka lilemo tse ngata: ‘Le be sebete ’me le se ke la lumella matsoho a lōna ho tepella, hobane moputso o teng bakeng sa mosebetsi oa lōna.’—2 Likron. 15:7.” ’Na le Happy re ikemiselitse ho mamela mantsoe ana le ho khothalletsa batho ba bang ho etsa joalo.

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova ka 1944. Hona joale ha e sa hatisoa.

b Sheba sehlooho se reng “Lekhotla le Qosa Moruti ka Lebaka la ho Hlasela Lipaki” se hlahang ho Tsoha! ea November 8, 1953, maq.3-5.

c U tla fumana lintlha tse eketsehileng Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1994 maq. 148-150.

d Sheba sehlooho se reng “Re Haha Motheo o Tiileng” Tsoheng! ea May 8, 1966 leq. 27.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela