Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb97 maq. 124-207
  • Brazil

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Brazil
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
  • Lihloohoana
  • Thuto ea Sebele ea Bibele ea Qaleha
  • Ho Fihla Thuso e Eketsehileng
  • Ho Etsa Hore Lentsoe la Molimo le Fumanehe
  • Ho Itaea ka ’Nete ea Bibele
  • Ho Atolosa Sebaka sa Khatiso Hape
  • Ho ne ho E-na le ho Hongata Hoo re Lokelang ho Ithuta Hona
  • Ho Neheloa ha Mohaho o Mocha o Haufi le Bethele
  • Kopano ea Machaba ea “Tlhōlo ea Bomolimo”
  • “Le Tlameha ho Ipaka le Halalela”
  • Na Nako ea Fela?
  • ‘U ke ke Ua Baleha Lipaki’
  • Ketelo e Khathollang Moeeng
  • Likhutsana Tse 11 li Ithuta ’Nete
  • Bahoeletsi ba 100 000!
  • Liholo Tsa Pele Tsa Likopano
  • Botsamaisi bo Bocha
  • Ho Rua Molemo Haholoanyane Likopanong
  • Ho Fanyehoa Bolokolohi Cachoeiras de Macacu
  • Tokisetso Bakeng sa Keketseho e Eketsehileng
  • ‘Le Nahanela Ntho e Nyenyane Haholo!’
  • Ho Jara Boikarabelo bo Eketsehileng
  • Ho Tsamaisa Lintho ka Literaka Tsa Mokhatlo
  • Ho Finyella Tšimo e ka Thōko
  • Lenyalo—Le Hlomphehang ka Pel’a Molimo le Batho
  • Sekolo se Khethehileng Bakeng sa Tšebeletso
  • Baromuoa Bakeng sa Brazil
  • Baromuoa ba Tsoang Brazil ba ea Linaheng Tse Ling
  • Likhohola ka Boroa
  • Moea o Tšoaetsanoang oa Bopula-maliboho
  • Lingoliloeng Tse Hatisoang ka Nako e le ’Ngoe
  • Baboloki ba Botšepehi ba Bokana ka Manane a Fetang a Tloaelehileng
  • ‘Ho Bokana Hammoho’ ho sa Tsotellehe Bohōle
  • Balisa ba Mohlape ba Itelang
  • Ho Leba Bophirimela
  • Sebaka sa Amazon
  • Ho Palama Liketsoana Tsa Mokhatlo
  • Maindia a Thusoa ho Ithuta ’Nete
  • Thuso e sa Lebelloang
  • Bahoeletsi ba 200 000!
  • Thuso e Tsoang ho Bahlanka ba Machaba
  • Moprista o Ithuta ’Nete
  • Likarabelo Lipotsong Tseo Bacha ba li Botsang
  • Matla a ’Nete a Fetolang
  • Ho Sebetsana le ho Phahama ha Theko ea Lintho
  • Ho Ithuta ho Bala Bibele ka Kutloisiso
  • Kabo e Khethehileng ea Limakasine
  • Likopano Tsa Setereke Tsa “Puo e Hloekileng”
  • Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele
  • “Ha ke sa Tla Lebala Thapelo Eo”
  • Ketelo Maralleng le Mek’huk’hung ea Rio
  • Bahoeletsi ba 300 000!
  • “Ka Sebele Lea Potlaka”
  • Ho Arolelana Molaetsa ka Puo ea Matsoho
  • Komello ka Leboea-Bochabela
  • “Malume ho Lipaki Tsa Jehova!”
  • Likopano Tse Nyenyane Libakeng Tse ka Thōko
  • “Joale Nka ba Pula-maliboho, na ha ho Joalo?”
  • Ho Bolela Libakeng Tse Sebetsoang Seoelo
  • Matlo a Ikhethang a Bolulo a Hahiloeng ka Jareteng e le ’Ngoe
  • Bahoeletsi ba 400 000 le ba Eketsehileng ba Tlang!
  • E Bile Thabo!
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
yb97 maq. 124-207

Brazil

Ka selemo sa 1500, Pero Vaz de Caminha o ile a ngolla morena oa Portugal ka Brazil, e leng moo lihloela tsa Portugal li neng li sa tsoa fihla teng. O ile a re: “Tholoana e molemohali e ka khuoang ho eona . . . e tla ba ho pholosa batho ba eona [Maindia].” Mantsoe ana a senola le leng la mabaka a ka sehloohong a katoloso ea Portugal mose ho maoatle lekholong la bo15 le la bo16 la lilemo. E ne e le ho hasa lithuto tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana mafatšeng a mang.

Leha ho le joalo, e bile moraonyana feela moo Lentsoe la Molimo, Bibele, ho ileng ha etsoa hore baahi ba Brazil ba le fumane e le hore ba ka iponela seo le se rutang. Bibele e feletseng ea Sepotoketsi e ile ea fumaneha pele ka 1751 (karolo e ’ngoe Europe ’me karolo e ’ngoe India Boroa). Ho ile ha feta lilemo tse ling tse 125 pele ho ka hatisoa karolo leha e le efe ea eona ka Sepotoketsi sa Brazil. ’Me ho ne ho se ho keneletsoe hare lekholong la bo20 la lilemo pele ho ka hatisoa karolo leha e le efe ea Bibele ka lipuo leha e le life tsa merabe ea Maindia a Brazil.

Brazil ke e ’ngoe ea linaha tse seng kae tsa Amerika Boroa moo Sepanishe e seng puo e buuoang haholo—puo ea teng ke Sepotoketsi. E nkile hoo e ka bang halofo ea Amerika Boroa ’me e sehelana meeli le linaha tse ling tsohle tsa Amerika Boroa ntle le Chile le Ecuador, Brazil ke naha e nang le mefuta e mengata. Batho ba eona ba mafolofolo ebile ba na le botsoalle ’me ba thahasella litaba tsa moea. Boholo (karolo ea 85 lekholong ea baahi ba limilione tse 161) bo ipolela hore ke Mak’hatholike, ’me karolo e phahameng ea bana e sekametse tšebelisanong le balimo. Lilemong tsa morao tjena, ho boetse ho bile le keketseho e hlokomelehang palong ea batšehetsi ba malumeli a boevangeli.

Thuto ea Sebele ea Bibele ea Qaleha

Thato ea Molimo ke hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Mofuta oo oa tsebo o ile oa qala ho hasoa Brazil ho ea bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo. E ne e le ka 1899 ha Sarah Bellona Ferguson oa São Paulo, a ne a fumana ka lekhetlo la pele tse ling tsa lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower ka poso li tsoa United States. Ha a ithuta linnete tsa bohlokoa tsa Bibele, o ile a etsa seo a ka se khonang ho li abelana le ba bang. Ha monyetla o itlhahisa ka mor’a lilemo tse ka bang 25, o ile a kolobetsoa.

Ho sa le joalo basesisi ba likepe ba robeli ba bacha lilemong ba Brazil, ba neng ba le phomolong ha sekepe se le New York City, ba ile ba khahloa ke liboka tsa Liithuti tsa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo). Ha ba le moo ba ile ba fumana Bibele ea Sepotoketsi. Hape ba ile ba thusoa ho e utloisisa. Ha ba khutlela Brazil ka March 1920, ka mor’a ho kopanela likhoeli tse ’maloa le Liithuti tsa Bibele New York, ba ile ba tsoela pele ba bokana hammoho le ho bua le ba bang ka seo ba ithutileng sona. Qalong, ba ne ba sebelisa lingoliloeng tsa Watch Tower ka Sepanishe e le lithuso tsa ho ithuta kaha ho ne ho se letho le teng ka Sepotoketsi. Leha ho le joalo, lilemo tse seng kae hamorao, George Young o ile a romeloa Brazil, ’me ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho fetolela lingoliloeng Sepotoketsing le ho li hatisa. Ka 1923 lekala la Watch Tower Bible and Tract Society le ile la hlongoa Rio de Janeiro ho ntšetsa pele thuto ea Bibele naheng ena e khōlōhali.

Ho Fihla Thuso e Eketsehileng

Ho sa tsotellehe qalo ena e ntle, tsoelo-pele e ne e tsamaea butle. Kahoo ka memo ea J. F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, Alston Yuille o ile a fihla Brazil ka 1936 ho tla thusa Lipaki tsa moo ho rua molemo ka botlalo litokisetsong tsa moea tseo Jehova a neng a li etsa ka mokhatlo oa hae o bonahalang. O ne a e-na le mosali oa hae, Maude, hammoho le Antonio Pires de Andrade, mosebetsi-’moho le eena eo, bonyane qalong, a neng a boetse a sebetsa e le mofetoleli oa hae. Lilemo tse tharo hamorao, Otto Estelmann le Erich Kattner ba ile ba romeloa ba e-tsoa Europe ho tla sebeletsa e le bo-pula-maliboho, ba inehela ho eteleng batho malapeng a bona ho tla ba bontša kamoo ’nete ea Bibele e ka ba tsoelang molemo kateng. Joale, ka 1945 ho ile ha fihla baromuoa ba babeli ba sehlopha sa pele sa Sekolo sa Gileade: Charles D. Leathco le Harry Black.

Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa bana le baboleli ba bang ba bangata ba chesehang ba ’Muso, ’me ka 1948 ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 1000 Brazil tse arolelanang le ba bang linnete tsena tsa bohlokoa tse Lentsoeng la Molimo. Sehlopha seo se ile sa eketseha ka potlako: tse 10 000 ka 1957 le tse 50 000 ka 1968. Ho sa le joalo, Lehae la Bethele le fektheri li ne li lokela ho atolosoa, ’me ka 1968 ofisi ea lekala e ile ea tlosoa Rio de Janeiro ea isoa mehahong e meholoanyane São Paulo. (Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka mosebetsi ona Brazil ho tloha ka 1920 ho ea ho 1972, bona Buka ea Selemo ea Lipaki tsa Jehova ea 1973 [ka Senyesemane], leqepheng la 33-88.)

Ho Etsa Hore Lentsoe la Molimo le Fumanehe

Lilemong tse ka bang 50 tse fetileng, Moroma oa K’hatholike ea tloaelehileng Brazil, kamehla o ne a e-ea ’Miseng, kamehla a rapela Maria, kamehla a mamela moprista, ’me ho se mohla a balang Bibele. Hobane’ng? Taba ea pele ke hore baprista ba ne ba thibela mehlape ea bona ho ba le Bibele e neng e sa lumelloa ke Kereke ea Roma e K’hatholike. Ka nako e tšoanang, Libibele tseo tsohle tse neng li lumelloa ke Kereke, theko ea tsona e ne e phahame haholo—e ke ke ea fihleloa ke motho feela oa kereke. Hase feela Lipaki morao koo li neng li atisa ho kopana le Mak’hatholike a e-song ho bone Bibele!

Fern, eo e bileng moromuoa ka nako e telele, oa hopola: “Ke ne ke atisa ho balla batho ba joalo Thapelo ea Morena. Mak’hatholike a ne a tseba thapelo eo ka hlooho empa a ne a makatsoa ke ho e bona ka Bibeleng.” Mabakeng a mangata, ho makala ho ne ho lebisa thahasellong ’me thahasello e lebisa kōpong: “Na u ka mphumanela Bibele?” Lipaki li ne li thabela ho fumana phetolelo eo batho ba ka e khonang ho Mokhatlo oa Bibele oa Brazil.

Baromuoa ba leshome ba neng ba le São Paulo ka nako eo, ba ne ba atisa ho etela lekalana la Mokhatlo oa Bibele motseng oo. Leha ho le joalo, litlelereke tsa lekalana lena la Maprostanta, li ne li sa thabele hore ebe setoko sohle sa Tradução Brasileira—phetolelo ea Bibele e nang le lebitso Jehova—se ne se tloha lishelefong tsa bona se ea mekotlaneng ea baromuoa bao. Ka letsatsi le leng tlelereke e ile ea bolella baromuoa hore e ne e ke ke ea hlola e ba lumella hore ba be le Libibele tseo tse eketsehileng. Kapele ka morao ho moo, Tradução Brasileira e ile ea khaotsa ho hatisoa. Ha ho makatse hore ebe Lipaki tse ngata li ne li labalabela phetoho. Ka 1963, ho ne ho e-na le baemeli ba 57 ba tsoang Brazil likopanong tsa machaba tse United States ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ne e lokolloa ka Sepotoketsi. Lilemo tse ’nè hamorao, ha New World Translation e feletseng e fumaneha ka Sepotoketsi, matsatsi a ho ajoa ha Bibele ka tsela e fokolang a ne a felile qetellong.

Lilemong tse mashome a mararo tse fetileng, likopi tse limilione tsa New World Translation li ’nile tsa phallela naheng ena li tsoa likhatisong tsa Mokhatlo ’me li hapile tlhokomelo ea sechaba. Ka 1987, Veja, koranta ea beke le beke e ka sehloohong ea Brazil, e ile ea hlalosa New World Translation of the Holy Scriptures—With References e le “phetolelo e feletseng ka ho fetisisa ea Mangolo” naheng eo. Lipaki tsa Jehova tsa Brazil (tseo hona joale li fetang 430 000) lia lumela ’me li hloletsoe hore ebe ka lebaka la phutuho ea tsona ea kabo ea Bibele, batho ba bangata ba Brazil ba metseng e meholo, litoropong le metsaneng hona joale ba qetella ba e-na le likopi tsa bona tsa Lentsoe la Molimo.

Ho Itaea ka ’Nete ea Bibele

Ho bala Bibele ke taba e ’ngoe, empa ho utloisisa seo motho a se balang le kamoo a ka se sebelisang kateng le teng ke taba e ’ngoe. Hoo ho hloka lenaneo la ho itaea ka Bibele. Ka 1968—selemo ka mor’a hore ho lokolloe New World Translation e feletseng ka Sepotoketsi—Lipaki tse 50 000 tsa Brazil li ile tsa amohela ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, buka e neng e tla li thusa ho ithuta Bibele.

Ka mor’a ho bala buka eo, pula-maliboho e mong ea nang le phihlelo o ile a re: “Buka ena e tla thusa ba limilione ho amohela ’nete!” ’Me o ne a nepile. Libuka tse tsamaisoang ka selemo li ile tsa imena ka makhetlo a fetang a mararo. Palo ea lithuto tsa Bibele e ile ea eketseha haholo. Rute, oa Brazil e ka boroa, o buella ba bangata ba ileng ba ithuta eona, a re: “Ha ke ne ke ithuta buka ea ’Nete, ke ile ka ikutloa ke le motlotlo ebile ke halefile haholo. Ke le motlotlo ka ho ithuta ’nete ka boemo ba bafu le tšepo ea Paradeise ’me ke halefile hore ebe Kereke e K’hatholike e ne e nkhelositse bophelong ba ka bohle.”

Joale, ka 1983, Lipaki li ile tsa amohela thuso e ncha bakeng sa taeo ea Bibele—khatiso ea Sepotoketsi ea buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Buka eo e finyeletse lipelo tsa ba bangata ba eketsehileng ba mefuta eohle ea bophelo. Mathoasong a 1996, batho ba fetang 500 000 ba ne ba rua molemo taeong ea Bibele, boholo ba bona ka lithuto tse thehiloeng thulusing ena e sebetsang ea ho ruta.

Le hoja boitsebiso ba buka ea Phela ka ho sa Feleng bo ne bo ama batho ba tsebang ho bala ba Brazil, litšoantšo tse bukaneng ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! li ne li ruta linnete tsa Bibele ho batho ba bangata ba Brazil ba limilione tse 28 ba neng ba sa tsebe ho bala. Lilemong tse fetileng tse 13, ho hatisitsoe libukana tsena tse fetang limilione tse tšeletseng ka Sepotoketsi. Na batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ba utloisisa lithuto tsa Bibele? Ka sebele ho joalo! Nahana ka Maria, mosali ea tsofetseng. Ka thuso ea bukana ena, o ile a ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova, eseng Senhor, feela joalokaha lebitso la hae e le Maria, eseng Senhora. Le hoja ho ne ho se mohla a kileng a utloa lebitso la Molimo pele, ka teboho o ile a amohela ’nete ena e ncha nakong ea thuto ea hae ea pele ea Bibele. Ha Paki e neng e mo ruta e tsamaea, Maria o ile a hoeletsa: “E se eka Jehova a ka ba le uena!” Ka sebele takatso e tiileng ea Maria e ipakile e le ’nete. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, thuto ea Bibele Brazil e tsoela pele.

Ho Atolosa Sebaka sa Khatiso Hape

Ka 1971, lilemo tse tharo ka mor’a hore ofisi ea lekala e fallisetsoe São Paulo, palo ea Lipaki tse mafolofolo e ile ea feta 70000. Selemong seo, ho ne ho e-na le liphutheho tse 1202 ho pholletsa le naha; Lipaki tsa Jehova li ile tsa qeta lihora tse fetang 11 000 000 tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa; ’me ka karolelano li ne li khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 58 902. E le ho fana ka tataiso e hlokahalang le thepa bakeng tsa lenaneo lena la thuto, ho ne ho totobetse hore mehaho ea lekala e ne e tla lokela ho atolosoa hape. Ba talimile ho Jehova bakeng sa tataiso, barab’abo rōna ba ile ba ela hloko tlhoko ena.

Ka lilemo tse ngata khatiso ea Sepotoketsi ea Molula-Qhooa e ne e ’nile ea hatisoa Brazil ka mochine o hatisang oa khale oa flatbed. Empa ka 1957, ka lebaka la tlhoko e eketsehileng, mathata a mechine e hatisang (e neng e hahiloe ka 1918), le khaello ea pampiri, ho hatisa hona ho ile ha fetisetsoa New York. Hona joale, ka mor’a hore ho fumanoe tharollo mathateng a mochine o hatisang le pampiri, barab’abo rōna ba ile ba khona ho qala khatiso hape Brazil.

E le hore ho ka ba le sebaka se hlokahalang sa ho hatisa, mosebetsi o ile oa qala mehahong e tlatsetsang mehahong ea lekala. Ka nako e tšoanang, litokisetso li ile tsa etsoa tsa ho reka mochine oa rotary letterpress o hatisang ka lebelo le phahameng. Kaha limakasine tsa rōna ke tse rutang, ho ile ha etsoa boiteko ba hore mochine o hatisang o se ke oa lefelloa lekhetho la lintho tse kenang tse tsoang linaheng tse ling. Empa ka linako tse ling, mekhatlo ea bolumeli e neng e ’nile ea fuoa tokelo ea ho se lefe lekhetho linthong tse itseng e ne e ile ea rekisa lintho tsena ka phaello e khōlō hamorao. Ka ho utloahalang, ba bang ba nang le matla a ho laela ba ne ba sa rate ho fana ka tumello ea hore lihlopha tsa bolumeli li se ke tsa lefa lekhetho. Leha ho le joalo, thuso e ile ea hlaha mohloling o sa lebelloang—ho mohlanka oa ’muso ea neng a belaella boteng ba Molimo. O ile a bontša ho thahasella kōpo ea rōna ea hore re se ke ra lefa lekhetho ’me a bontša hore na re lokela ho tsoela pele joang. Ka November 1972, ka mor’a likhoeli tse ’nè feela, ho ile ha fanoa ka tumello ea ho se lefe lekhetho. Augusto Machado, ea neng a sebetsa ofising ea Mokhatlo, oa hopola: “Re ile ra qala qalong, re sa tsebe letho; empa ka ho tšepa Jehova, le ho etsa ha rōna liphuputso, re ile ra fumana seo re se hlokang. Ka sebele Jehova o tataisa bahlanka ba hae.”

Ho ne ho E-na le ho Hongata Hoo re Lokelang ho Ithuta Hona

Tebello ea ho hatisa ka mochine oa web rotary letterpress e ile ea hlahisa liphephetso tse ncha. Mochine o qhaqhiloeng ka ho feletseng o ile oa fihla ka December 1972, o pakiloe ka mabokoseng a 47 a maholo a mapolanka, ao a mang a ’ona a neng a e-na le boima ba lithane tse tšeletseng. E le ho bona hore o emisitsoe hantle, ho ile ha romeloa Milan Miller a tsoa ntlo-khōlō ea lefatše. O ile a hokahanya mosebetsi oa sehlopha sa barab’abo rōna ba robong ho emisa mochine oo o hatisang ’me a ba a ba ruta le ho o sebelisa. Ho kopanela ha bona ho emiseng mochine oo ho ile ha ba thusa ho utloisisa mokhoa oa ho o hlokomela. Boholo e ne e le barab’abo rōna ba bacha, bao ho fihlela ka nako eo, ba neng ba e-na le phihlelo e fokolang ea ho hatisa kapa ba neng ba se na eona. Karl Rietz, ea ileng a kopanela mosebetsing oo oa ho emisa mochine, e ne e le mookameli oa fektheri, ’me o ntse a tsoela pele a sebeletsa boemong boo le ho fihlela kajeno.

Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, pampiri e neng e ntse e rekoa ka ntle ho naha bakeng sa ho hatisa limakasine e ile ea fihla. Euclides Justino, ea neng a rometsoe a tsoa Bethele ho ea e lata koung ea likepe, oa hopola: “Thomello ea pele e ne e le lithane tse 150. Re ile ra lokisetsa literaka hore li tsamaise pampiri ho tloha koung ea likepe Santos ho ea Bethele, São Paulo. Empa ha rea ka ra hlokomela hore, kaha forklift e koung ea likepe e phahamisetsa lirolo tsa pampiri literakeng feela, re ne re tla hloka banna ba matla hore ba behe lirolo tseo tse boima ka tlhophiso literakeng. Kahoo ’na le Mor’eso Machado ra hloella ho e ’ngoe ea literaka ’me ra qala ho theta lirolo tseo—e le ’ngoe e le boima ba lik’hilograma tse 400—’me re li thetela moo li loketseng. Basebetsi ba laollang le ho laela likepe ba ile ba re tšeha haholo ha ba shebeletse banna ba babeli ba fasitseng lithae ba pitikisa lirolo. Ka lehlohonolo e ne e se e batla e le nako ea lijo tsa motšehare, kahoo ra phakisa ra tlohela kapele. Nakong ea hora ea lijo tsa motšehare, re ile ra hira banna ho qetela mosebetsi oo.” Empa butle-butle barab’abo rōna ba ne ba ithuta o mong oa mosebetsi o amanang le ho hatisa ka mochine oa web rotary.

Ka 1973 ho ile ha fihla mochine o mong oa web rotary o khonang ho hatisa ka lebelo le lekanang le la oa pele: limakasine tse 12 500 ka hora. Esale ho tloha ka nako eo—ho ’nile ha kenngoa mechine e hatisang e eketsehileng—e meng e le e hatisang ka mebala e mene. Kahoo ho theosa le lilemo, re ’nile ra khona ho tsamaisana le tlhoko ea lingoliloeng tsa Bibele.

Ho Neheloa ha Mohaho o Mocha o Haufi le Bethele

Likhoeli tse ka bang tse ’nè pele mochine oo oa bobeli o fihla, ho ne ho lokiselitsoe hore mohaho o mocha o haufi le Bethele o neheloe. Ba bang ba ile ba belaela hore mosebetsi oa kaho o tla be o phethiloe ka nako. Empa karabelo ea Fred Wilson, molebeli oa lekala, e ne e le hore: “Ha le tsebe barab’abo rōna.” Ba itahlela ka setotsoana mosebetsing, ba sebetsa ho fihlela bosiu bo boholo, hape le ka Meqebelo le ka Lisontaha. Ka la 17 March, 1973, letsatsing la nehelo, ba ne ba ntse ba qetella ho setseng. Motšehare o moholo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lokile! Teraka ea ho qetela e laetseng matlakala e ile ea tsoa le keiting e ka morao ha baeti ba qala ho kena sebakeng seo ho amohelloang baeti ho sona!

Nathan H. Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, le Max Larson, molebeli oa fektheri ea Brooklyn, ba ne ba le teng bakeng sa ketsahalo eo. Mor’abo rōna Knorr o ile a fana ka puo ea nehelo. Letsatsing le hlahlamang, ho ne ho e-na le lenaneo le khethehileng la lihora tse tharo leo ho lona ho bileng teng letšoele la ba fetang 28 000, ba ileng ba tlala Ibirapuera Gymnasium. Ketsahalong eo, ka mor’a ho bua ka bohlokoa ba ho hlahloba temana ea letsatsi kamehla, Mor’abo rōna Knorr o ile a lokolla Buka ea Selemo ea 1973, e hatisitsoeng ka lekhetlo la pele ka Sepotoketsi. (Pele, boitsebiso bo neng bo sebelisoa e le motheo oa lipuisano tsa temana ea letsatsi ka Sepotoketsi, bo ne bo hlaha ho Molula-Qhooa.) ’Malo o joalo letsatsi le letsatsi le puisano ea karolo ea Lentsoe la Molimo ke tsa bohlokoa bophelong ba batho ba Jehova, tumellanong le seo Jesu Kreste ka boeena a se boletseng: “Motho o lokela ho phela, eseng ka bohobe feela, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—Mat. 4:4.

Kopano ea Machaba ea “Tlhōlo ea Bomolimo”

Selemo sa 1973 se ile sa fela ho bile le kopano e khōlōhali e kileng ea tšoareloa Brazil ke batho ba Jehova, Lebaleng la Lipapali la Pacaembu, São Paulo, ka la 26-30 December. Balune e khōlōhali e neng e tsebisa ka sehlooho, “Tlhōlo ea Bomolimo” e ne e fokaela holim’a lebala la lipapali. Lenaneo leo le ile la matlafatsa ho kholiseha ha ba teng hore tlhōlo ea bomolimo ka ’Muso oa Molimo e tla hle e tlisetse moloko oa batho mahlohonolo a maholo. Nakong ea kopano, ba ile ba bona bopaki ba hore thuto mabapi le thato ea Molimo joalokaha e tlalehiloe ka Bibeleng e se e fetotse bophelo ba batho ba mashome a likete ba Brazil. Lilemo tse 28 pejana, Mor’abo rōna Knorr o ne a ile a bua le bamameli ba 765 sebakeng se haufi sa lipapali tsa ka tlung. Ketsahalong eo, ha a shebela lebala leo le leholohali tlaase, o ile a ipotsa hore na Lipaki tsa Jehova Brazil li tla ke li tlale lebala leo. Khopolo eo e ile ea phethahala ka 1973, ha Mor’abo rōna Knorr a ne a bua le bamameli ba 94 586 ba tletseng hona lebaleng leo la lipapali! Ka la maobane, ho ne ho kolobelitsoe basebeletsi ba bacha ba 3187. Kopano eo ea matsatsi a mahlano ka boeona e ne e le bopaki ba tlhōlo ea bomolimo!

Baemeli ba ne ba tsoa likarolong tsohle tsa naha. Ba tsoang motseng oa Manaus, motse-moholo oa Amazonas State—bohōle ba lik’hilomithara tse 4000—ba ile ba tla ka libese tse tharo le likoloi tse ’nè li tletse baemeli, e le sehlopha sa pele se kileng sa tsamaea Tseleng eo e Khōlō ea Trans-Amazon e nang le maemo a sa tsitsang. Sehlopha se seng se ile sa tsamaea lik’hilomithara tse fetang 3000 ho tloha Belém, lebōpong le ka leboea, le terene e khethehileng le libese tse fetang 180 li ile tsa tlisa baeti ba thabileng ba tsoang Rio de Janeiro. Ho phatlalatsoa ho ile ha e-ba hoholo hoo ’musi oa sebaka sa São Paulo le ’masepala oa teng ba ileng ba etela mabala a kopano.

Ho fumanela baemeli ba likete marobalo e ne e le phephetso, kaha bongata ba bona bo ne bo se na mokhoa oa ho lefella marobalo lihoteleng. Likōpo tsa marobalo tse ka bang 21 000 li ile tsa sebetsoa ke Lefapha la Marobalo. Tumellanong le keletso ea Bibele ea ho ‘latela mokhoa oa kamohelo e mofuthu ea baeti,’ Lipaki le ba bang ba ile ba bula matlo a bona. (Baroma 12:13) Baemeli ba fetang 6000 ba ile ba amohelloa Liholong tsa ’Muso. Baemeli ba tsoang Amazonia kaofela ba ile ba amohelloa fekthering e ileng ea nehelanoa ke monna oa morali e mong oabo rōna. Lipaki le batho ba thahasellang ba ile ba alimana ka materase.

Likhoeli tse peli hamorao lenaneo le tšoanang la kopano le ile la phetoa Salvador, Bahia, ’me batho ba 32 348 ba e-ba teng.

“Le Tlameha ho Ipaka le Halalela”

Le hoja Lipaki tsa Jehova li ne li sheba tšebeliso ea koae e le ntho e mpe, ho teba ha taba eo ha hoa ka ha hlokomeloa ka botlalo ho fihlela ka 1973. Kahoo Lipaki tse ling li ile tsa tsoela pele li tsuba le hoja li ne li kolobelitsoe. Leha ho le joalo, ka nako ea hae e loketseng, Jehova o ile a thusa bahlanka ba hae hore ba lemohe melao-motheo ea Bibele e lokelang ho ama boikutlo ba bona ka tloaelo eo. (2 Bakor. 7:1; Bagal. 5:19-21, bona NW botlaaseng ba leqephe.) Molula-Qhooa oa December 1, 1973 (ka Sepotoketsi), o ile oa totobatsa hore ho tloha ka nako eo ho ea pele, bohle ba neng ba lakatsa ho kolobetsoa ba ne ba tlameha hore ba be ba lokolohile tšebelisong ea koae. Ba neng ba se ba kolobelitsoe ’me ba ntse ba tsuba ba ile ba fuoa likhoeli tse tšeletseng hore ba tlohele tloaelo eo haeba ba batla ho lula e le karolo ea phutheho.

Ba susumelitsoe ka tsela e nepahetseng, boholo bo ile ba khona ho lokoloha tloaelong ena e litšila. Mor’abo rōna e mong ea neng a ntse a tsuba ka nako eo, le hoja a kolobelitsoe ka 1964, o ile a beha lebaka la hore haeba ba bang ba ile ba khona ho tlohela ka mabaka a bophelo bo botle, eena o na le lebaka le leholoanyane hakaakang la ho tlohela e le hore a ka tsoela pele a sebeletsa Jehova. Ke ’nete hore ba bang ba ile ba khaoloa, empa bongata ba bana bo ile ba qetella bo fetotse mehopolo le lipelo, ba tlohela ho tsuba ’me ba khutlisetsoa. Ka tsela ena batho ba Jehova ba ile ba tsoela pele ho ikamahanya le tekanyetso e phahameng ea Molimo ea khalalelo.—Lev. 19:2, NW; 1 Pet. 1:16.

Na Nako ea Fela?

Ka tebello ea ho thusa batho ho bona tlhokahalo e potlakileng ea ho ema ka lehlakoreng la Jehova tsekong ena ea borena, ho ajoa ho pharaletseng ha lipampitšana tsa Kingdom News ho ile ha etsoa ka bo-1970. Na Ekaba Nako e ea Fela Bakeng sa Batho? e ne e le sehlooho sa Kingdom News No. 16. Amaro Santos, ea sebelelitseng Bethele ka lilemo tse 25 tse fetileng, o ile a hlalosa: “Mokhatlo o ile oa romella phutheho e ’ngoe le e ’ngoe lipampitšana tse 100 bakeng sa mohoeletsi ka mong, hore li ajoe ntle ho tefo ka matsatsi a leshome feela, ho tloha ka la 22 ho ea ho la 31 March, 1974. Pampitšana eo e ile ea hatisoa ka mokhoa o khahlang o ileng oa hapa le tlhokomelo ea bao ka tloaelo ba iphapanyetsang molaetsa oa ’Muso. Bahoeletsi ba bacha ba fetang 7000 ba ile ba ikopanya le Lipaki tse ling ho abeng lipampitšana tse limilione tse robeli.”

Ba bang ba ileng ba amohela pampitšana ba ile ba nka bohato ka potlako ka seo ba ithutileng sona. Seo e bile ’nete São Paulo ka seithuti sa koleche se lilemo li 22. Se susumelitsoe ke ho potlaka ha boemo, se ile sa lumela ho ithuta Bibele ka thuso ea buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Kapele se ile sa qala ho bua le ba bang kolecheng ka seo se ithutang sona, ’me likhoeli tse tharo hamorao se ile sa kopanela kabong e khethehileng ea pampitšana e ’ngoe.

Boiteko bo tiileng bo ile ba etsoa ho finyella batho esita le ba libakeng tse thōko. Bahoeletsi ba banyenyane ba ile ba kopanela ka thabo. Mabapi le seo ba babeli ho bao ba banyenyane ba ileng ba se etsa seterekeng sa Rio Grande do Sul, Belarmino Colla, ea neng a le lilemo li 15 ka nako eo, o ile a ngola: “Re ile ra tloha lapeng ka 6:00 hoseng, ’me kaha malapa a ne a qalikane, ha rea ka ra kopana le mang kapa mang ho fihlela ka 10:00 hoseng. Ka linako tse ling, re ne re lokela ho tsamaea ka maoto hobane ho ne ho le thata ho tsamaea re palame lipere litselaneng tseo. Re ile ra sebetsa ho fihlela ka 8:30 bosiu ’me eaba re robaletsa ha motho ea thahasellang. Ka hora ea bosupa hoseng ha le latelang, ra qala hape, ra sebetsa ho fihlela ka 3:00 mantsiboea, eaba joale re leba hae, ra fihla har’a mp’a bosiu. Ka matsatsi ao a mabeli, re ne re tsamaile lik’hilomithara tse 90 ’me ra tsamaisa lipampitšana tse 30 feela.” Baboleli bana ba ’Muso ba ile ba hlokomela hore molaetsa oo ba neng ba fana ka oona o ne o behela batho monyetla o neng o ka bolela bophelo bo sa feleng le hore batho ba limilione ba Brazil ba ne ba hloka monyetla oa hore ba rue molemo ho oona. Ba ile ba utloa ho potlaka ho bontšitsoeng ke sehlooho sa pampitšana eo, No. 16.

‘U ke ke Ua Baleha Lipaki’

Ka 1974, Edivaldo Gil da Silva le mosali oa hae, Marli, bao e neng e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ka nako eo, ba ile ba lokisetsa ho ithuta Bibele habeli ka khoeli le mofumahali e mong ea neng a lula polasing e thōko le tsela haufi le Ribeirão Prêto, São Paulo State. Hore ba e’o fihla moo, ba ne ba lokela ho kōpa ho palamisoa terakeng ea lebese ka 4:00 hoseng, ebe ba tsamaea lik’hilomithara tse ling tse leshome. Thuto e ile ea tsamaea hantle ka likhoeli tse seng kae ho fihlela ha monna a qala ho hanyetsa. O bile a fallisa lelapa la hae a sa siee le aterese ea hore na ba ile hokae.

Kopanong ea setereke lilemo tse robeli hamorao, banyalani ba bang ba ile ba tla ho Edivaldo le Marli ’me ba botsa: “Na lea re hopola? Re banyalani bao le neng le ba etela polasing.” Monna o ile a hlalosa hore o ne a falla hore a tle a tlohe pel’a Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ha ba fihla lehaeng la bona le lecha, le pele ba ka laolla thepa ea bona ea ka tlung terakeng, ho ile ha hlaha Lipaki tse peli ’me tsa bua le bona ka morero oa Molimo ka moloko oa batho. Sena se ile sa etsa hore monna eo a nahane. O ile a amohela thuto ea Bibele ’me a tsoela pele hantle; likhoeli hamorao ba ile ba kolobetsoa eena le mosali oa hae.

Ketelo e Khathollang Moeeng

Ka September 1974 barab’abo rōna São Paulo ba ile ba thabela ketsahalo e khethehileng. E ne e le eng? Ho eteloa ke Frederick W. Franz, eo e neng e le motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo. Ena e ne e se ketelo ea hae ea pele Brazil. A e-na le Mor’abo rōna Knorr, o ne a ile a sebeletsa lenaneong la kopano São Paulo ka 1945. Leha ho le joalo, lekhetlong lena, o ne a tsamaea le Karl Klein, eo kapele ka mor’a moo a ileng a qala ho sebeletsa le eena Sehlopheng se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ba ne ba nkile phomolo ea matsatsi a mararo São Paulo, empa ba ile ba boela ba thabela ho fana ka “mpho e ’ngoe ea moea” ho barab’abo bona ba Bakreste. (Baroma 1:11, 12) Ke eng e neng e ka thabisa ho feta puisano ea litaba tsa moea? Kapele-pele, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa seboka se khethehileng lebaleng la liketsahalo. Kakaretso ea ba 2000 e bile teng.

Massasue Kikuta, eo e bileng setho sa basebetsi ba lekala ho tloha ka 1967, oa hopola: “Mor’eso Franz o ile a makatsa e mong le e mong ka ho fana ka puo ea hae ka Sepotoketsi se phollatsi. A sa sebelise Bibele kapa lintlha tse ngotsoeng (mahlo a hae a ne a se a foufala), o ile a qotsa a ba a hlalosa Pesaleme eohle ea 91, temana ka temana, ka nako e fetang lihora tse peli, ho sa natsoe hore o ne a le lilemo li 80.” Hamorao ho ile ha tsejoa hore o ile a etsa se tšoanang ka Sepanishe ho barab’abo rōna Paraguay!

Likhutsana Tse 11 li Ithuta ’Nete

Hoo e ka bang ka nako ena, lelapa le leng seterekeng sa Goiás le ile la hloka thuso ka potlako ho utloisisa lebaka la mahlomola a batho le morero oa sebele oa ho phela. Ntate oa bona, a sithabelitsoe ke mathata a lichelete a tebileng, o ne a ipolaile, ’me likhoeli tse seng kae hamorao, ’mè oa bona o ne a bolailoe ke pelo. Litho tse phelang tsa lelapa la Vinhal e ne e le likhutsana—tse 11 kaofela ha tsona. Ha koluoa e oela lelapa labo bona ka tsela eo ka 1974, e moholo o ne a le lilemo li 17 ’me oa ho fela a e-na le matsatsi a 40 feela. Ka boikemisetso le ho sebetsa ka thata, ho ile ha etsahala hore ba bahlano ba bona ba khone ho lula hammoho, empa ba banyenyane ba tšeletseng ba ile ba tlameha ho ea phela le beng ka bona. Ha ba leka ho ba tšelisa, batho ba bang ba ile ba re tlokotsi ea bona ke thato ea Molimo. Ha e le hantle, sena se ile sa ba tetebetsa le ho feta.

E moholo, Maria Lucia, o ne a e-na le lipotso tse tebileng ka Molimo le ka Kereke e K’hatholike. Ha a utloa Paki e ’ngoe e bolela hore e ka ba le thuto e sa lefelloeng ea Bibele le e mong eo ba sebetsang le eena, ho ile ha tsosoa thahasello ea hae. Ha a bona thahasello ea hae, mosebetsi-’moho le eena a mo fa mpho ea buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ha Maria Lucia a bona Paki eo hape ka mor’a matsatsi a seng makae, o ile a kōpa ka tieo thupelo ea Bibele e sa lefelloeng eo mosebetsi-’moho le eena a neng a boleletsoe ka eona. Tšepiso ea tsoho, e hlahileng mantsoeng a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 5:28, 29, e ile ea mo tlatsa tšepo. Ho ithuta seo Bibele e se buang mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bobe ho ile ha mo thusa ho ananela hore ha aa ba lebala. Hamorao, kaofela kantle ho oa ho fela ba ile ba phela hammoho e le lelapa. Ba ile ba khothatsana moeeng. Kaofela bana ba 11 ba ile ba ithuta Bibele ’me ba kolobetsoa. Ba ile ba ithuta litekanyetso tsa boitšoaro ba Bokreste Bibeleng. Ka kutloisiso ea moea, e ne e se e se likhutsana; ba ile ba ba le ‘barab’abo bona le baralib’abo bona le bo-’mè’ halekholo. (Mar. 10:29, 30) Kajeno, e mong oa basetsana bao ke pula-maliboho ea khethehileng, e mong ke moromuoa Paraguay, ’me Paulo o sebeletsa le mosali oa hae Bethele ea Brazil.

Bahoeletsi ba 100 000!

Ho pholletsa le lilemo, ho bile le keketseho e tsitsitseng palong ea bahoeletsi ba ’Muso. Selemo sa tšebeletso sa 1959 se bile le keketseho ea karolo ea 23 lekholong ho feta selemong se ka pele. Lilemong tse leshome tse latelang, karolo ea keketseho lekholong e ile ea theoha, e tloha karolong ea 9 lekholong ho ea ho ea 14 lekholong. Joale ka 1975, palo ea batho ba ileng ba kolobetsoa e ile ea phahamela ho ba 16 789, ’me ka lekhetlo la pele, palo ea bahoeletsi e ile ea feta ba 100 000 ka keketseho ea karolo ea 17 lekholong ho feta selemong se ka pele. Hape e le ka lekhetlo la pele, palo ea bo-pula-maliboho ba khethehileng lefapheng leo e ile ea feta 1000, ha ho hatisoa taba ea ho sebetsa tšimo e ka thōko le e sa sebetsoeng kamehla. Le hoja lebelo leo keketseho e etsahalang ka lona le ile la fokotseha lilemong tse leshome tse latelang, mosebetsi oa ho bolela o ne o tsoela pele. ’Me keketseho e khōloanyane e ne e le hona e tlang.

Ka nako eo, Brazil e ne e e-na le baahi ba fetang limilione tse 100, ’me hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea bona e ne e sa finyelloe kamehla ka litaba tse molemo. Ba bangata ho bana ba ne ba phela litorotsoaneng tse hōjana le metse e meholo. E le ka boiteko ba ho finyella batho bana le ho lokisetsa liboka moo ho neng ho e-na le thahasello e lekaneng, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea ho abela bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ho phaella ho ba 1000 ba neng ba se ba ntse ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ka lekhetlo la pele, ba bang ba ile ba abeloa likhoeli tse tharo; hamorao, nako eo e ile ea atolosoa. Ba pele ba bo-pula-maliboho bana ba khethehileng ba nakoana ba ile ba fuoa likabelo ka November 1985, ha ba 128 ba ne ba romeloa litoropong tse sa tšoaneng tse 113. Liphello e ne e le tse khothatsang haholo.

Toropong e ’ngoe Goiás, ha bo-pula-maliboho ba khutlela ho mofumahali e mong ea ileng a kōpa kopi ea New World Translation, ba ile ba mo fumana a lla. Hobane’ng? O ne a boleletsoe hore ha aa lokela ho bala Bibele eo, kaha e na le lebitso le fapaneng la Molimo—Jehova. Empa ha a thusoa ho hlahloba taba eo, eena le metsoalle ea hae ba ile ba ithuta hore lebitso Jehova le ne le boetse le hlaha le libakeng tse ling Bibeleng ea bona. O ile a halefela moruti oa kereke ea hae haholo. Ka lebaka leo, ho ile ha qaloa lithuto tsa Bibele tse ncha tse 45!

Seterekeng sa Piauí, ho ile ha fumanoa monna ea nyoretsoeng metsi a ’nete. Pele a kopana le bo-pula-maliboho, o ne a balile likarolo tsa kopi eo a e alimileng ea buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. O ile a chesehela seo a se balang hoo a ileng a ikemisetsa ho kopitsa buka eo ka letsoho. Ha a kopana le bo-pula-maliboho, o ne a se a kopilitse likhaolo tse 21. O ile a thaba hakaakang ha a fumana kopi eo e leng ea hae ea buka eo le ho ba le thuto ea kamehla ea Bibele ka eona!

Baralib’abo rōna ba babeli ba bo-pula-maliboho ba sebeletsang seterekeng sa Sergipe ba ile ba kopana le khanyetso e matla e tsoang ho modiakone oa kereke ea neng a sebeletsa e le motšoareli oa moprista. Phello e bile efe? Modiakone o ile a phatlalletsa sechaba ka sebuela-hōle hore Jehova hase lebitso la Molimo empa hore lebitso leo le ne le qapiloe ke sehlotšoana sa bokhelohi sa Amerika. Sena se ile sa mpa sa tsosa thahasello ea litho tse ngata tsa kereke, ’me ka nako e khutšoanyane bo-pula-maliboho ba ne ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 67!

Rio Grande do Norte, bo-pula-maliboho ba ile ba qala thuto le mofumahatsana e mong ea ileng a thabela thuto ea hae ea pele hoo a ileng a memela baahelani ba hae ho e latelang. Ha a lokisetsa sena o ile a alima libenche tse hlano sekolong. Ho ile ha e-ba teng batho ba 30, empa ba bangata ba ne ba batla ho kena, kahoo lithuto li ile tsa ntšetsoa pele lebaleng la sekolo.

Torotsoaneng e ’ngoe ea Mato Grosso do Sul, ngaka e ’ngoe le mosali oa eona ba ile ba ithuta Bibele ’me, ka nako e loketseng, ba qala ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ho bona ngaka e e-ea ka ntlo le ntlo ho ea bua ka Bibele ho ile ha jaleha hohle toropong eo. Ha bo-pula-maliboho ba neng ba ithuta le banyalani bana ba ho fumana ho hlokahala hore ba tsamaee, ngaka eo le mosali oa eona e ne le tsona feela Lipaki tse mafolofolo tse setseng moo. Ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ’me hamorao e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Ka lekhetlo la pele, ba ne ba tšoara liboka ba le bang, empa hamorao, phutheho e nang le bahoeletsi ba leshome e ile ea thehoa. Banyalani bao hona joale ba sebeletsa Bethele ea Brazil.

Liholo Tsa Pele Tsa Likopano

Ha palo ea Lipaki tsa Jehova e ntse e eketseha ho pholletsa le naha, ho bile thata haholoanyane ho fumana libaka tse loketseng hore re tšoarele likopano ho tsona. Boiteko ba pele ba ho ba le sebaka seo e leng sa rōna e bile Salvador, Bahia, e nang le mocheso o itekanetseng selemo ho pota. Ka 1975 ho ile ha hahuoa holohali e ruletsoeng kammoho e nang le litulo tse lekaneng tsa konkreite bakeng sa batho ba 4000 mothipoloheng oa phula e ’ngoe. E ne e bitsoa Assembly Park. Hamorao hona selemong seo, ho ile ha qala kaho ea Holo ea Kopano sebakeng se setle se meru Ribeirão Pires, São Paulo, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 40 ho tloha motseng oa São Paulo. Lilemo hamorao, holo e ’ngoe e ile ea hahuoa pel’a ena ea pele ’me e ile ea hokahanngoa le eona ka lithelevishene. Ka kakaretso ho ka lula batho ba 3300 ho tsona ka bobeli. Ka 1979, ho ile ha qaloa ho hahuoa Holo ea bobeli ea Kopano Duque de Caxias, haufi le Rio de Janeiro.

Ba ileng ba sebetsa kahong ea Liholo tsena tsa Likopano ba ile ba bonahatsa moea oa cheseho. Moea ona o motle o ile oa koala sekheo sa ba bangata ba hlokang phihlelo le sa ho haella ha mechine le thepa e loketseng. Ka mohlala, Ribeirão Pires ho ile ha hlokahala hore ho chekoe ho fihlela botebo ba limithara tse supileng ho fihla moo ho leng thata bakeng sa ho rala motheo. Ho ile ha sebelisoa mochine o chekang, empa o ne o ka sebetsa feela ho fihla halofong ea botebo bo hlokahalang. Bo setseng bo ne bo lokela ho etsoa ka peke le kharafu. Ho ne ho lokela hore ho chekoe mekoti e joalo e fetang 20.

Ho thoe’ng ka ho luba le ho tšela konkreite? Ho ne ho se na mechine ea konkreite kapa literaka tse lubang konkreite bakeng sa morero o Ribeirão Pires. Natal Batulevicins, setho sa lelapa la Bethele, oa hopola: “Konkreite e ne e lubeloa ka mechineng e ’meli ea khale e sothoang ka letsoho e lubang samente ’me e nkuoa ka likiribae ho e isa sebakeng seo e tšeloang ho sona. Ho ne ho e-na le mela ea baithaopi ba fetang 20 ho isa ho 30 ba khannang likiribae. Bakeng sa libaka tse phahameng le tseo ho leng thata ho fihla ho tsona, motho oa bobeli o ne a thusa ka ho hula likiribae ka lihakisi. Bakeng sa ho tšela konkreite fatše, baithaopi bohle—ho akarelletsa le ba tšebeletsong ea botsamaisi—ba ne ba kopanela mosebetsing, oo ka linako tse ling o neng o nka lihora tse 24.”

Botsamaisi bo Bocha

Ho Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara, selemo sa 1976 se bile le phetoho e khōlō sebōpehong sa tlhophiso ea lekala. Ka la 1 February hona selemong seo, tokisetso ea Likomiti tsa Makala e ile ea qala ho sebetsa. Ho e-na le hore ho be le molebeli a le mong, komiti ea barab’abo rōna ba hōlileng moeeng e emelang Sehlopha se Busang e ile ea abeloa ho tsamaisa mosebetsi naheng e ’ngoe le e ’ngoe. Kaofela ha bona ke banna ba hōlileng moeeng, balisa ba mohlape oa Molimo. Brazil, pele komiti e ne e entsoe ka litho tse supileng: Massasue Kikuta, John Kushnir, Augusto Machado, Karl Rietz, Amaro Santos, Heinrich Selbert le Fred Wilson. Lilemong tse latelang, Mor’abo rōna Selbert o ile a tlameha ho tloha Brazil ka lebaka la boikarabelo ba lelapa, ’me Mor’abo rōna Kushnir a hlokahala ka 1988. Ba bang ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa komiting eo, ’me ka 1995, Östen Gustavsson o ile a khetheloa ho ba setho sa botšelela sa komiti. Ho ea qetellong ea 1976, litho tse ling tsa Komiti ea Lekala ea Brazil, hammoho le baemeli ba bang ba makala ho hlaha ka makhalo ’ohle a lefatše, ba ile ba kopanela libokeng tse neng li tšoeroe ke Sehlopha se Busang, New York. Liboka tseo li ile tsa sebeletsa ho tloaelanya litho tsa likomiti haholoanyane le boikarabelo ba tsona, le litho tsa Sehlopha se Busang le ntlo-khōlō ea lefatše.

Ho Rua Molemo Haholoanyane Likopanong

Hape ka 1976 ho ile ha qaloa ho lebisa tlhokomelo tlhokahalong ea ho ntlafatsa tšebetso ea mechine e hōlisang lentsoe e sebelisoang likopanong. Pele, ho ne ho sebelisoa lihōlisa-lentsoe le libuela-hōle tse reretsoeng libaka tse nyenyane. Ka linako tse ling mefuta e mengata e sa tšoaneng—e meng ea eona e le ea khale haholo—e ’nile ea sebelisoa liketsahalong tse ling. Phello e bile efe? Ho ne ho e-na le khaello ea molumo le ho khaoha ha lenaneo khafetsa. Ho ntlafatsa boemo bona ho ne ho hlokahala mosebetsi oa lilemo le thepa e ngata e ncha. Hona joale, likopanong tse ngata, e mong le e mong ea teng a ka utloa ka ho hlaka le ho thabela lenaneo la moea. Sena ke sa bohlokoa ha re hlokomela hore ka 1995, ho ne ho e-na le likopano tsa setereke tse 158 tse neng li tšoaretsoe metseng e sa tšoaneng e 82 le hore batho ba 724 849 ba ileng ba e-ba teng ba sebelisitse nako, matla le lichelete hore ba e’o ba teng. Ba ne ba lokeloa ke mechine e molemohali e hōlisang lentsoe e le hore ba ka rua molemo ka botlalo lenaneong. A thabisitsoe ke liphello tsa sena, molebeli e mong oa potoloho Rio Grande do Norte o ile a ngola ka 1994: “Ke thabela ho le tsebisa hore kopanong ea rōna mechine e hōlisang lentsoe e ne e sebetsa hantle haholo, ’me ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ne ba mametse ka hloko ’me ba nkile lintlha tse ngata.” Empa ho thoe’ng ka boleng ba mechine e hōlisang lentsoe Liholong tsa ’Muso ho pholletsa le naha? Ka 1993, ho ile ha tšoaroa mananeo a khethehileng a 100 ho pharalla le naha ho fana ka litlhahiso tse sebetsang mabapi le ho ntlafatsa boleng ba mechine e hōlisang lentsoe bakeng sa liboka tsa phutheho. Barab’abo rōna ba fetang 9000 ba ile ba e-ba teng lipuong tsena, ’me morupeli e mong oa pheta: “Puo e neng e le Floriano, Piauí, e ile ea tšoaroa nakong ea komello e khōlō, ’me barab’abo rōna ba ne ba le mathateng a lichelete. Leha ho le joalo, bohle ba neng ba memiloe ba ne ba le teng! Ba bang ba ne ba tsamaile lihora tse fetang 12 hore ba be teng.”

Ho Fanyehoa Bolokolohi Cachoeiras de Macacu

Ka linako tse ling, ho ’nile ha hlaha litšitiso ka lebaka la ho se utloisise ka lehlakoreng la bahlanka ba ’muso. Ka Sontaha sa la 13 June, 1976, sepolesa se ile sa koala Holo ea ’Muso Cachoeiras de Macacu, seterekeng sa Rio de Janeiro, ka lebaka la taelo e neng e ntšitsoe ke moahloli oa moo. Boboleli bohle ba ’Muso le bona bo ne bo thibetsoe tikolohong eo ea ’masepala. Ka lebaka lefe? Matsatsi a mabeli pejana, mocha e mong ea lilemo li 17 o ne a ile a intša kotsi ka sethunya a sa rera. O ile a isoa sepetlele a tsoela mali ka hare a bile a haelloa ke mali haholo. Ntat’ae o ile a kōpa ngaka ho etsa sohle seo e ka se khonang ho pholosa mora oa hae empa e sa retelehele tšelong ea mali. Ka bomalimabe, moshemane eo o ile a shoa ha a ntse a buuoa le hoja a ne a tšetsoe mali, khahlanong le thato ea ntat’ae e boletsoeng ka ho hlaka. Patlisiso ea boahloli e ile ea etsoa ho fumana hore na ke mang ea ikarabellang. Litlaleho tsa litaba tse sothiloeng li ile tsa susumetsa qeto, ’me phello ea e-ba taelo ea ho koala Holo ea ’Muso. A thusoa ke babuelli ba bane ba molao, Ladislau Lehký, molebeli oa phutheho ea sebaka seo, o ile a kōpa hore taelo eo e etsolloe. Kōpo eo e ile ea qetella e mametsoe ka la 26 October. Mor’abo rōna Orlando do N. Paula, e mong oa babuelli bao ba molao, o ile a sebelisa monyetla o teng oa ho etsa nehelano e potlakileng ea molomo ea nyeoe eo. Baahloli ba ile ba ba ntsoe-leng ho etsolla qeto eo, kahoo ba hlakola taelo ea pele ’me ba etsa hore ho be bonolo ho sebelisa Holo ea ’Muso hape le ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Bolokolohi ba bolumeli bo ile ba boela ba tiisoa!

Likopanong tsa Setereke tsa “Basebetsi ba Thabileng” selemong se latelang, ho ile ha fanoa ka puo e ileng ea boela ea hatisa hore Jehova o hloka hore mali a nkuoe joaloka ntho e halalelang. (Lev. 17:10, 11; Lik. 15:28, 29) Ketsahalong eo, ho ile ha lokolloa bukana e reng Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood, ’me khoeling ea April le May 1978, ho ile ha etsoa phutuho ea ho e siea matsohong a baahloli, babuelli ba molao, lingaka, baoki le batsamaisi ba lipetlele ka boiteko ba ho ba thusa ho utloisisa le ho hlompha boemo bo nkiloeng ke Lipaki tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ile ba khothalletsoa ho fa lingaka tsa malapa a bona kopi ea bukana ena. Leha ho le joalo, kantle ho sena, barab’abo rōna ba ile ba abeloa ho isa bukana ena e e-na le lengolo le hlalosang ho lingaka le litsebi tse ling tse neng li ke ke tsa kopana le bahoeletsi ka bomong. Ho ne ho e-na le lingaka tse fetang 70000 Brazil. E ne e le morero o moholohali, ’me o ile oa phethoa ka katleho; empa ho ne ho hlokahala hore ho etsoe ho eketsehileng. Hamorao, ho ne ho tla lebisoa tlhokomelo tabeng ena hape.

Tokisetso Bakeng sa Keketseho e Eketsehileng

Keketseho e tsoelang pele palong ea bahoeletsi ba ’Muso, hammoho le boholo ba mosebetsi oa bona oa bopaki, e ne e le hona li tlang, ’me ho ne ho lokela ho etsoe litokisetso bakeng sa tsona. (Bapisa le Esaia 54:1-3.) E le ho hlahisa lingoliloeng tse hlokahalang, ho ile ha hlokahala hore thepa ea mechine e hatisang ea rotary letterpress e nkeloe sebaka ke mechine ea offset e hatisang ea kajeno le e lebelo haholoanyane. Ho ne ho hlokoa sebaka se seholo seo ho ka sebeletsoang ho sona. Boitekong ba nakoana ba ho sebetsana le tlhokahalo ena, ho ile ha hahuoa mohaho haufi le Holo ea Kopano Ribeirão Pires ka 1975. Mohaho ona o ile oa e-ba le sebaka sa ho boloka e ’ngoe ea pampiri ea rōna. Leha ho le joalo, ho ne ho hlakile hore re ne re tlameha ho fumana setša seo ho sona re ka atolosang Lehae la Bethele hammoho le ofisi ea lekala le mohaho oa khatiso.

Ho ile ha nahaneloa monyetla oa ho reka setša se haufi le mehaho e seng e ntse e le teng São Paulo, empa melao ea ho aba libaka le theko e phahameng ea setša li ile tsa etsa hore ho be thata ho etsa joalo. Tsela feela e ne e le ho fallisetsa lekala sebakeng se secha ka ho feletseng. Sehlopha se Busang se ile sa buella hore re shebe setša ka ntle ho motse oa São Paulo. Ka mor’a ho hlahloba tse ’maloa, ka August 1977 ho ile ha rekoa setša sa lihekthere tse 115 tikolohong ea ’masepala oa Cesário Lange, São Paulo, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 150 ho tloha motseng oa São Paulo.

‘Le Nahanela Ntho e Nyenyane Haholo!’

Hang-hang ka mor’a hore re reke setša seo, ho ile ha romeloa limemo tsa baithaopi ba tla tla thusa ho lokisetsa kaho. Lipuello tsa mohaho le tsona li ile tsa isoa ho Sehlopha se Busang. Re ne re nahana hore lipolane tsa rōna li ne li akarelletsa sebaka se seholo sa katoloso bakeng sa nako e telele e tlang. Ha e le hantle, re ne re bile re nahana hore re rerile ntho e khōlō haholo. Leha ho le joalo, karabelo e tsoang ho Sehlopha se Busang e ile ea re makatsa kaofela: ‘Le nahanela ntho e nyenyane haholo! Le lokela ho haha o ka bang moholo ka makhetlo a mabeli ho feta oo le o rerileng!’

Phello e bile polane e neng e hloka sebaka sa bolulo le sa fektheri/ofisi se seholo ka makhetlo a mahlano ho feta seo re neng re e-na le sona São Paulo. Na se ne se hlokahala? Ha e le hantle, ho tloha ka 1977 palo ea Lipaki Brazil e imenne ka makhetlo a mane, ’me palo ea lihora tse neheloang tšebeletsong selemo le selemo e feta ea nako eo ka makhetlo a ka bang a tšeletseng.

Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore feme ea mohaho e hahe mehaho e mecha ea lekala. Empa barab’abo rōna le bona ba ile ba hlokomela litšobotsi tse ling tsa mosebetsi. Paulo Tinoco Carneiro, eo e leng Paki e nang le phihlelo e le moenjiniere mehahong, o ile a falla le lelapa la hae motseng oa Salvador a ea haufi le setša sa mohaho. Lipaki tse ling tse ka bang 150, ho akarelletsa le litho tse ling tsa lelapa la Bethele, li ile tsa tšehetsa ka litšebeletso tse ling, tse kang ho etsa liforeime tsa alominiamo tsa lifensetere le ho phehela basebetsi lijo, hammoho le ho boloka sebaka seo le ho se hloekisa. Ha mohaho o le tlhōrōng ea oona, ka letsatsi ho ne ho feptjoa basebetsi ba fetang 1000 hararo ka letsatsi. E ne e se mosebetsi o bonolo!

Palo e khōlō ea banna ba hiriloeng ke k’hamphani ea mohaho e ne e le tšimo e ntle haholo bakeng sa mosebetsi oa ho bolela mantsiboea le mafelong a beke. Ka khoeli mora e mong oabo rōna o ile a tsamaisetsa basebetsi likopi tse fetang 80 tsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Ho ile ha qaloa lithuto tsa Bibele, ’me basebetsi ba tšeletseng ba ile ba tsoela pele ho fihlela ba kolobetsoa. E mong oa bona hona joale o sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele ea Brazil.

Ho Jara Boikarabelo bo Eketsehileng

Ho hahuoa ha mehaho e mecha ea lekala ho ile ha tlisa boikarabelo bo eketsehileng. Max Larson, ea tsoang ntlo-khōlō ea lefatše, o ile a bua ka sena nakong eo a neng a etetse Brazil ka 1980. Puong e susumetsang e fanoeng Lebaleng la Lipapali la Pacaembu, São Paulo, o ile a hatisa hore hoa hlokahala hore barab’abo rōna ba naheng e ’ngoe le e ’ngoe ba tšehetse ka chelete mosebetsi oa boboleli le ho hahuoa ha mehaho ea khatiso le mahae a Bethele masimong a linaha tseo ba leng ho tsona. Na ho ne ho tla ba bonolo hore barab’abo rōna Brazil ba nke boikarabelo boo? Brazil e ne e tobane le tlokotsi e tebileng ea moruo, ka ho phahama ha theko ea lintho le ho hloka mosebetsi. Ho sa tsotellehe sena, karabelo e ile ea e-ba e babatsehang. Liphutheho le batho ka bomong ba ile ba etsa menehelo ka boithatelo ’me e le kamehla, hoo mohaho o ileng oa phethoa ’me ha kenngoa thepa e hlokahalang. Ho fana ka seatla se bulehileng ho ileng ha bontšoa ho ile ha hopotsa motho ka moea o ileng oa bonahatsoa Iseraeleng ea boholo-holo ha ho ne ho etsoa lipolane tsa kaho ea tempele Jerusalema mehleng ea Morena Davida.—1 Likron. 29:3-9.

Ho tlosoa ha litho tse 225 tsa lelapa la Bethele le thepa eohle ea ho hatisa São Paulo ho ea Cesário Lange ho ile ha qala ka August 1980. Ho falla hoo ho ile ha hloka liloutu tse fetang 160 tsa literaka. Joale ha fihla nako ea ho kenya thepa le nako ea ho tloaela tikoloho e ncha.

Lenaneo la nehelo le ile la tšoaroa ka la 21 March, 1981. Lloyd Barry, setho sa Sehlopha se Busang, o ne a le teng ho tla fana ka puo ea nehelo. Ha a qotsa mantsoe a monate a Morena Solomone nakong eo ho neng ho khakoloa tempele Jerusalema ka eona, Mor’abo rōna Barry o ile a hlakisa hore tlotla le khanya eohle bakeng sa mehaho e metle ea Bethele e ea ho Jehova Molimo. Eaba o qetella ka ho re: ‘E bile ka lebaka la keketseho mosebetsing oa boboleli mehaho ena e ileng ea hahuoa. Kahoo kaofela ha lōna le lokela ho ela hloko mosebetsi oa boboleli.’

Likhoeling tse latelang, lihlopha tsa Lipaki tse likarolong tsohle tsa naha li ile tsa etela Bethele. Ka letsatsi le le leng feela la phomolo, baeti ba 12 000 ba ile ba tla ka libese tse 300 le likoloi tse mashome-shome.

Ba ne ba ka bona hore ho na le ho eketsehileng ho amehang lekaleng ho feta feela ho lula mehahong e mecha. Ho ne ho hateloa pele haholo lefapheng la ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele. Ka 1981 ho ile ha qaloa ho hatisoa litokollo tsa Sepanishe tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Brazil bakeng sa hore li romeloe linaheng tsa boahisani tseo ho buuoang Sepanishe ho tsona—Bolivia, Paraguay le Uruguay. Ho phaella ho hatiseng limakasine, lekala la Brazil le ile la qala ho hatisa le ho tlama libuka tsa ho ithuta Bibele. Hoo ho ne ho hloka thepa e ngata e ncha le ho ithuta mesebetsi e mecha. Ka 1981, lebanta la ho tlama libuka la fektheri e ncha le ile la qala ho sebetsa, ’me ntho ea pele e ileng ea hlahisoa e ne e le Buka ea Selemo ea Sepotoketsi bakeng sa 1982. Kapele ka mor’a moo, meqolo ea pele e mene ea Aid to Bible Understanding e ile ea hatisoa le ho tlangoa. ’Me ho tloha ka 1987, buka ea bohlokoahali ho feta tsohle e ile ea feta lebanteng leo—Bibele, khatiso ea Sepotoketsi ea New World Translation of the Holy Scriptures.

Ho Tsamaisa Lintho ka Literaka Tsa Mokhatlo

Ka sepheo sa ho fokotsa tefello ea ho posa lingoliloeng le ho etsa bonnete ba hore li fihla liphuthehong, tsamaiso ea ho isa lintho ka likoloi tsa Mokhatlo e ile ea hōlisoa ka 1982. Tokisetso eo esale e qala ho sebetsa ka 1974, empa joale e ne e tla akarelletsa liphutheho tse ka leboea-bochabela—tse ling tsa tsona li le bohōle ba lik’hilomithara tse 3000.

Hona joale literaka tsa Mokhatlo li tsamaisa lintho ka makhetlo a 463 ka libeke tse ling le tse ling tse tharo, li akaretsa lik’hilomithara tse fetang 30 000. Ka tokisetso ena ho sebeletsoa liphutheho tse fetang 4600 kamehla. Literaka li akaretsa litsela tse 12, e telele ka ho fetisisa e nka matsatsi a 15 ’me e akaretsa lik’hilomithara tse fetang 7000. Bakhanni ke litho tsa lelapa la Bethele. Lipaki tse liphuthehong tse sa tšoaneng tseleng li amohela bakhanni bana ka mofuthu malapeng a tsona, ’me bakhanni ba kopanela libokeng tsa phutheho le barab’abo rōna ba sebakeng seo ba robalelitseng ho sona.

Ho Finyella Tšimo e ka Thōko

Ho boleloa ha litaba tse molemo ho ntse ho tsoela pele ho fihla libakeng tseo ho tsona ho entsoeng bopaki bo fokolang kapa bo e-song ho etsoe. Ka 1976, Francisco Albuquerque le mosali oa hae ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng Tefé, sebakeng sa Amazon. Ba ile ba sebelisa menyetla ea liketsahalo tsa mekete ho bolella batho ba tlileng toropong ka liketsoana. Ka letsatsi le leng Francisco o ile a tsamaisetsa morekisi e mong e mocha ea tsamaeang buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ’me a mo hlalosetsa mokhoa oa ho ithuta eona. Ha ba qetella ba kopane hape ka mor’a lilemo tse peli, Francisco o ile a bona hore mocha eo o ne a ithutile buka eo ’me a thaletse likarabelo ka kutloisiso. Thuto ea Bibele ea beke le beke e ile ea qalisoa le eena. Kaha e ne e le leeto la lihora tse peli ka seketsoana ho ea moo mohlankana enoa a lulang teng, Francisco o ne a ee a ee ha habo ka makhetlo a mabeli ebe joale libekeng tse peli tse latelang mohlankana eo o ea ha Francisco. Ka nako e khutšoanyane, ho ile ha kolobetsoa mocha eo le banna ba bang ba bane. Mocha eo o ile a fetola kamore e ’ngoe ea ntlo ea hae Holo ea ’Muso, ’me kapele ka mor’a moo ho ile ha thehoa phutheho.

Ka 1977 bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ileng ba paka litorotsoaneng le libakeng tse ka thōko karolong e bohareng ea naha ba ne ba sebelisa k’haravene bakeng sa bolulo. E mong oa bo-pula-maliboho bao, Jair Paiva Ferreira, eo hona joale e leng setho sa lelapa la rōna la Bethele, oa pheta: “Re ne re ee re emise k’haravene ea rōna toropong e khōloanyane e bohareng ebe re tsamaea ho tloha moo ka koloi ho ea paka. Re ne re tsoha hoseng, ’me ka mor’a lijo tse matlafatsang tsa hoseng, re kene tšimong ka 8:00 hoseng. Hoba re sebetse letšehare lohle, re ne re ee re fumane sebaka se haufi le nōka, re tole ebe re ja lijo tsa mantsiboea. Re ne re robala ka koloing, re tšoenngoa feela ke molumo oa moea le matjeketjane. E ne e le ntho e thabisang haholo ho tsoha ’me u shebella lipapakhaiee ha li fofa haufinyane. Ha e le ka batho ba tikolohong eo, e ne e le ho thabisang ho bona ba nyoretsoe ’nete. Ba bang ba ne ba iphumanela kopi ea buka e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e-na le eona. Ka letsatsi ke ile ka tsamaisa libuka tse 48, ’me ka khoeli ka etsa maeto a ho boela a 109 empa ke ntse ke sa khona ho kopana le batho bohle ba thahasellang. Ho ile ha qaloa lithuto tse ngata, ’me le hoja batho ba bangata ba ne ba e-na le bothata ba ho bala, ba bangata ba ile ba kena ’neteng.”

Lenyalo—Le Hlomphehang ka Pel’a Molimo le Batho

Kantle le ho haelloa ke thuto ea motheo mabapi le ho bala le ho ngola, tšitiso e ’ngoe e ileng ea thibela ba bangata hore ba fetole ’nete hore e be ea bona e ne e le boemo ba bona ba lenyalo. Ba bang ba ne ba ile ba hlōleha ho lefella tšebeletso ea lenyalo la molao hammoho le la bolumeli, kahoo ba khetha la bolumeli ’me lona e ne e se la molao. Leha ho le joalo, ha batho ba joalo ba ithuta Bibele, ba ithuta hore hoa hlokahala hore ba ngolise kopano ea bona ea lenyalo ka molao.—Baheb. 13:4, 18.

Ho ne ho e-na le mofumahali e mong ea boemong boo Uberlândia, Minas Gerais. O ne a “nyetsoe” ho ea ka tšebeletso ea K’hatholike lilemo tse supileng pejana ho moo, ’me molekane oa hae o ne a sa bone ho hlokahala hore ba ngolise kopano ea bona ka molao. O ne a tla etsa joang? Ha kutloisiso ea hae ea Bibele e ntse e tsoela pele, o ile a mo bolella hore haeba a ne a ke ke a ngolisa kopano ea bona ka molao, o ne a tla tlameha ho mo siea, le hoja a ne a sa rate ho etsa joalo. Ha monna a hlokomela hore mosali o tiile ka taba ena, a qetella a lumetse. Ka mor’a lenyalo la bona mosali o ile a kolobetsoa hang-hang.

Ho fihlela ka 1977, ho ne ho se na tokisetso ea tlhalo Brazil. Kahoo mang kapa mang ea neng a le lenyalong eaba o siea molekane oa hae ’me o kena kamanong le molekane e mong ho ne ho se na tsela eo ka eona a ka ngolisang kopano eo e ncha ka molao. Ba bang ba bile ba ba le litloholo ka kopano ea bona ea bobeli. Tumellanong le mohlala oa Jehova ka boeena oa ho tšoarela libe tse hlahileng nakong e fetileng ka lebaka la ho se tsebe, Sehlopha se Busang se ile sa fa liithuti tsa Bibele tse boemong boo tumello ea ho kolobetsoa haeba li ne li saena phatlalatso ea ho ikanela ho tšepahala ho balekane ba tsona le ho tšepisa ho ngolisa kopano ea tsona neng le neng ha monyetla o joalo o hlaha. (Lik. 17:30; Baroma 3:25) Ka nako e ’ngoe ho bile le liphatlalatso tse joalo tse ngata lifaeleng tsa Mokhatlo.

Ketsahalo e ’ngoe e ne e ama ’mè oa bana ba 13. O ne a ithutile Bibele ka lilemo tse robeli empa o ne a sa khone ho ngolisa lenyalo la hae ka molao. Eaba o saena phatlalatso eo ’me o amoheloa bakeng sa kolobetso. Ha bana ba hae ba ithuta hore na ho ile ha ameha eng hore a tšoanelehele kolobetso, ba robeli ho bona le bona ba ile ba ithuta Bibele, ’me hamorao ba bahlano ba ile ba kolobetsoa ’me ba bang ba qala ho ea libokeng.

Qetellong, ho ile ha fetisoa molao oa tlhalo, ’me le hoja o ne o behile nako ea ho leta ea lilemo tse tharo ho tloha ha ba arohana ka molao ho fihlela tlhalong, ho ile ha e-ba bonolo ho rarolla litaba tsa ba bangata ba ileng ba saena liphatlalatso. Ka 1988 ’muso o ile oa fokotsa nako ea ho leta ho ba selemo.

Sekolo se Khethehileng Bakeng sa Tšebeletso

Ka 1978 ho ile ha lebisoa tlhokomelo e eketsehileng ho koetliseng baholo ba phutheho. Esale ho tloha ka 1959, Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se ne se ile sa fana ka koetliso e khethehileng bakeng sa ba khethetsoeng ho ba balebeli. Leha ho le joalo, ka 1978 baholo bohle Brazil, ebang ba ne ba ile ba e-ba teng sekolong pele kapa che, ba ile ba mengoa ho ea rua molemo lenaneong le khethehileng la matsatsi a mabeli la sekolo. Nakong eo ba ile ba buisana ka Bibele ka mokhoa oa ho intlafatsa e le balisa le mesuoe ea mohlape, litsela tsa ho etella pele mosebetsing oa boevangeli, mokhoa oa ho boloka liphutheho li hloekile moeeng le boitšoarong hape le mokhoa oa ho sebetsa hammoho joaloka lihlopha tsa baholo. Ho ile ha e-ba teng baholo ba ka bang 7000. Ho tloha ka nako eo, lithupelo tse tsoelang pele tsa ho ikhopotsa tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso li ’nile tsa tšoaroa nako le nako.

Bahlanka ba sebeletsang ba ne ba sa lebaloa. Le bona ba ile ba lokisetsoa lihlopha tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso Brazil, ho qala ka 1985. ’Me ho phaella Liholong tsa ’Muso tse neng li sebelisetsoa sekolo, ho tloha ka 1988 ho ’nile ha e-ba bonolo ho sebelisa le Liholo tsa Likopano, kahoo ho nolofalletsoa baholo ba bangata haholo le bahlanka ba sebeletsang hore ba be teng thupelong ena ba le hammoho. Thupelong ea morao-rao, ka 1995, ho bile teng baholo ba 22 092 le bahlanka ba sebeletsang ba 27544. Ke sehlopha se setle hakaakang sa banna ba ikemiselitseng le ba tšoanelehang ka Mangolo hore ba tšepeloe boikarabelo ka liphuthehong!

Leha ho le joalo sekolo se seng se ile sa qala ho sebetsa Brazil ka 1978—Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Sehlopha sa pele sa libeke tse peli, se ile sa tšoareloa Fortaleza, Ceará. Sepheo sa sekolo sena ke ho matlafatsa kamano ea bo-pula-maliboho le Jehova, ho ba thusa hore ba tsamaee mehlaleng ea Jesu Kreste ka ho feletseng haholoanyane, le ho ntlafatsa ho atleha ha bona tšebeletsong.

Litlaleho tsa Mokhatlo li bontša hore nakong ea lilemo tse 18 tse fetileng, ho tšoeroe lihlopha tse 1650 Brazil, ’me bo-pula-maliboho ba kamehla ba 39 649 ba ruile molemo tokisetsong ena e babatsehang. Ka 1994 feela, e le ka boiteko ba ho thusa bo-pula-maliboho ho pholletsa le naha, ho ile ha tšoaroa lihlopha tse 187 metseng e meholo le litoropong tse fapaneng tse 107.

Ntho e lokelang ho hlokomeloa ke boiteko boo bo-pula-maliboho ba bang ba ileng ba bo etsa hore ba be teng sekolong. Morali e mong oabo rōna ea nang le monna ea sa lumelang o ne a tsoha ka 5:00 hoseng letsatsi le leng le le leng hore a hlokomele mesebetsi ea hae ea ntlo pele a ea sehlopheng, ’me a tlohe hang-hang ha sehlopha se e-tsoa ho ea lata bana ba hae ha ba e-tsoa sekolong. Morali e mong oabo rōna o ne a batla ho fetola matsatsi a nako ea hae ea phomolo e le hore a ka ba teng sekolong. Mohiri oa hae o ne a sa lumellane le sena, empa o ile a ’na a leka ho mo kholisa. Kamehla karabelo e ne e le e tšoanang: “Ho ke ke ha etsahala!” Qetellong, ka mor’a ho rapela Jehova, o ile a bolella mohiri oa hae hore o tla tlohela mosebetsi. Hobane’ng? O ne a tlameha joang kapa joang ho ba teng sekolong seo. A khahliloe ke ho tiea ha hae, o ile a qetella a lumetse ho fetola matsatsi a nako ea hae ea phomolo.

Paulo Azevedo, morupeli oa sehlopha sa pele, o ile a bua tjena puisanong ea lipotso: “Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se thusa bo-pula-maliboho ho sheba tšimo ea bona ka leseli le lecha ka ho hatisa tlhoko ea ho bontša thahasello ea botho ho mong’a ntlo, u nahanela mathata a hae, maemo, maikutlo le litumelo. Bo-pula-maliboho ba lulang ba hopotse sena baa lumela hore ho tšoana le ho sebetsa tšimo e ncha.”

Baromuoa Bakeng sa Brazil

Baromuoa ba entse mosebetsi oa bohlokoahali mabapi le ho theha tsamaiso e tiileng ea tlhophiso. Baromuoa ba babeli ba pele, ba fetileng sehlopheng sa pele sa Sekolo sa Gileade, ba ile ba fihla Brazil ka 1945. Ka 1967 palo ea baithuti ba Gileade e ne e eketsehile ho ba ba 76, ’me e ile ea fihla tlhōrōng ea ba 117 ka 1974. Ba bang ba sebelelitse ka mashome a lilemo mosebetsing oa potoloho le oa setereke, joalokaha ho entse Richard le Ruth Wuttke le Eric le Christina Britten. Ho theosa le lilemo, baromuoa ba ka bang 250 ba tsoang linaheng tse 11 ba sebelelitse mona.

Ka kakaretso, batho ba Brazil ba hlompha melata. Leha ho le joalo, hore motho a tloaele naha e ncha e nang le boemo bo fapaneng ba leholimo, lijo, puo le meetlo ho hloka boikemisetso le boikutlo bo botle ba ho tšeha. Sylvia Gustavsson, moromuoa e mong ea tsoang Sweden, oa hopola: “Leeto la pele la ho boela leo ’na le monna oa ka, Östen, re ileng ra le etsa Brazil, e ne e le ho banyalani ba bang Belo Horizonte, Minas Gerais. Ka mor’a ho buisana le bona hoo e ka bang hora, ra re re lokela ho tsamaea. Karabelo ea e-ba: ‘Ke kapele haholo. Lula-lulang hanyenyane!’ Ka ho nahana hore ba hlile baa thahasella, ra lula fatše hape ’me ra ntšetsa moqoqo pele. Ka mor’a halofo ea hora, ra boela ra pheta hore re lokela ho tsamaea. Ba pheta: ‘Ke kapele haholo. Lula-lulang hanyenyane!’ Hona ho ile ha etsahala makhetlo a mararo, ’me qetellong ra tsamaea e se e batla e le har’a mp’a-bosiu! Mokhoa ona o ile oa phetoa maetong a latelang, ho fihlela re fumana hore polelo ‘Ke kapele haholo. Lula-lulang hanyenyane!’ e ne e mpa e le tsela e hlomphang ea ho bontša ho ananela ho eteloa, ho sa bolele hakaalo-kaalo hore motho o lokela ho lula hanyenyane. Ka lehlohonolo, thahasello ea banyalani bao ’neteng e ne e le ea sebele!”

Baromuoa ba Tsoang Brazil ba ea Linaheng Tse Ling

Ka lebaka la thuso e babatsehang eo baromuoa ba tlileng Brazil ba faneng ka eona, re ile ra thaba hakaakang ka 1982 ha re utloa hore barab’abo rōna ba tsoang Brazil ba tla memeloa ho ea sebeletsa e le baromuoa linaheng tse ling! Qetellong ea selemo, banyalani ba tšeletseng ba ile ba abeloa Bolivia, ’me esale ho tloha ka nako eo, bara le barali babo rōna ba 90 ba Brazil ba ’nile ba memeloa ho ea sebeletsa e le baromuoa Angola, Bolivia, Mozambique le Paraguay.

Ba bang ba baromuoa bana ba Brazil ka bobona ba thusitsoe ho ithuta ’nete ke baromuoa ba bang. E bile ’nete ka Átila Carneiro, ea tsoang Belém. O ne a nyahamisitsoe ke bolumeli. Ha a kopana le moromuoa Delfina Munguia, o ile a bontša ho thahasella ’nete ’me a qala ho fumana limakasine kamehla ho eena. Ka mor’a nako e itseng, o ile a mo etsetsa litokisetso tsa ho ithuta Bibele ka makhetlo a mararo ka beke le mora e mong oabo rōna oa moromuoa. Ka mor’a thuto ea hae ea bobeli, Átila o ile a qala ho buisana le ba bang ka seo a neng a ithuta sona, le pele a kolobetsoa, o ne a khanna lithuto tse tharo tsa Bibele! Ka mor’a kolobetso, o ile a sebeletsa e le pula-maliboho ea kamehla hamorao e le pula-maliboho ea khethehileng. Hona joale eena le mosali oa hae ke baromuoa Mozambique.

Benjamim Silva le mosali oa hae, Iolanda, le bona ba har’a baromuoa ba Brazil ba sebeletsang Mozambique. Ka lilemo tse ngata e ne e le bo-pula-maliboho ka leboea ho Brazil. Ba ile ba khona ho kopanya boikarabelo bo boholo bo habeli—ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho le ho hōlisa ngoana. Ha morali oa bona, Martha, a nyaloa, batsoali ba ile ba itlhahisa hore ba ka sebeletsa e le baromuoa. Martha o tsoela pele ho bula maliboho, ’me tlhohonolofatso ea Jehova e bonahala ho bona kaofela boraro ba bona.

Likhohola ka Boroa

Esale ho tloha lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ’nile ba fana ka thuso ea lintho tse bonahalang ho barab’abo bona linakong tsa mathata a maholo. (Lik. 11:29, 30) Litereke tse ka boroa tsa Paraná, Santa Catarina le Rio Grande do Sul li ile tsa senngoa ke likhohola tse matla ka 1983. Blumenau, Santa Catarina, metsi a Nōka ea Itajaí-Açu a ile a phahama ka limithara tse 16 ho feta ka tsela e tloaelehileng, motse oohle oa apareloa ke moroallo. Tumellanong le mohlala o behiloeng ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, Lipaki libakeng tse ling li ile tsa nehelana ka liphallelo—lithane tse 43 tsa lijo le lithane tse 41 tsa liaparo.

Takatso ea ho thusa e ile ea bonahatsoa ke João Vicentim Carrer, moholo oa Campo Grande seterekeng sa Mato Grosso do Sul, bohōle ba lik’hilomithara tse 1400. Ha a bona tlaleho ea thelevishene ka likhohola tseo, o ile a founela ofising ea Mokhatlo ’me a botsa hore na a ka thusa joang. Eena le baholo ba bang, o ile a bokella lithane tse tharo tsa lijo, liaparo, lieta le meriana tse fanoeng ke liphutheho motseng oo. Hona letsatsing leo, eena le mora oa hae ba ne ba le tseleng ho ea Blumenau ba nkile liphallelo.

Luiz Bognar, moholo Blumenau ea ileng a kopanela kabong ea lintho tse bonahalang tseo ba li rometsoeng, o ile a ngola: “Ka thuso ea barab’abo rōna, re ile ra fetola seketsoana se seng ka ho se kenya mabili e le hore se ka tsamaea metsing kapa tututsoaneng e hlaheletseng ka nōkeng. Eaba rea tsoa ho ea batla barab’abo rōna ba ka thōko. Libakeng tse ling, ka lebaka la bophahamo ba metsi, re ne re tlameha ho poma lithapo tsa motlakase hore re tle re tsebe ho feta. Bara ba ka ba babeli, ba lilemo li 10 le 12, ba ile ba tsamaea le ’na. E ne e le litsebi tsa ho sesa. Hape ke ne ke tseba hore liketsoana tse nang le bana li ne li hlomphuoa haholoanyane ho feta tse ling.”

Ho le leng la malapa, ba ile ba fumana batho ba 16 ba neng ba tlaletsoe ka matsatsi a leshome ’me ba feletsoe ke lijo. Pejana feela seketsoana seo se fihla, ha ba ne ba hlahloba temana ea letsatsi, e mong oa barab’abo rōna o ne a ile a hlalosa hore Jehova o tla fana ka lintho tseo ba li hlokang ka nako ea Hae e loketseng. ’Me ke sona se hlileng sa etsahala. Lelapeng le leng, ho ne ho e-na le batho ba 22 ba neng ba thibeletsoe beke mokatong o ka holimo le ka kamoreng e haufi le marulelo. Ha ba utloa molumo oa seketsoana se atamelang, pele ba ile ba nahana hore e tlameha e le masholu; empa joale ba utloa e mong a hoeletsa: “Mor’eso Walter Germer!” Bana e ne e le barab’abo rōna ba tlisitseng thuso. Janis Duwe, e mong ea neng a le ka ntlong eo ’me hona joale e le setho sa lelapa la Bethele, Brazil, oa hopola: “Sena e ile ea e-ba bopaki bo botle ho baahelani bao e neng e se Lipaki.” Se neng se lokiselitsoe se ne se feta hōle seo ba neng ba se hloka ka letsatsi kapa a mabeli. O re: “Ho ile ha feta likhoeli tse ’maloa pele re ka reka lijo haese tse senyehang feela.”

Moea o Tšoaetsanoang oa Bopula-maliboho

Le hoja Lipaki tsa Jehova li thusana ka lintho tse bonahalang ha ho hlaha maemo a tšohanyetso, tšebetso ea tsona e ka sehloohong ke boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Lia tseba hore ke oona feela o tlang ho rarolla ka ho sa feleng mathata a se nang palo a moloko oa batho. Ha e hatisa mosebetsi ona, ofisi ea Mokhatlo e ile ea romela lengolo ka 1984 ho mohoeletsi e mong le e mong ea kolobelitsoeng Brazil. Le ne le qala tjena: “Nakong ena re ngola re atolosetsa memo ho uena ea ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang ka April.” Hoo ho ne ho tla bolela ho nehelana ka bonyane lihora tse 60 ka khoeli ba arolelana ’nete ea Bibele le baahelani ba bona. Na memo eo e ile ea amoheloa? Tlhōrō e ka pele ea bo-pula-maliboho ba thusang e ne e bile 8000 ka April 1983, empa karabelong ea memo ena, ba fetang 33 000 ba ile ba kopanela—karolo ea 21 lekholong ea palo eohle ea bahoeletsi! ’Me e bile khoeli e thabisang hakaakang ea tšebeletso ea puso ea Molimo!

Ho ne ho hlokahala boiteko bo mafolofolo. Paki eo e neng e le mokhanni oa teraka le e ’ngoe e hahang ka setene, li ile tsa lokisetsa ho ba tšebeletsong ea tšimo kamehla ho tloha ka 6:30 mantsiboea ho ea ho 8:30 bosiu, ka mor’a mosebetsi oa tsona oa boipheliso. Morali e mong oabo rōna ea neng a sebetsa e le serōki lapeng o ne a tsoha hoseng e le hore a ka hlokomela mosebetsi oa hae pele a tloha ho ea tšebeletsong ea tšimo. ’Mè e mong oa bana ba robeli—e moholo a le lilemo li 12 ’me oa ho fela a le likhoeli li 5—o ne a thusoa ke lelapa la hae, bana ba baholo ba ne ba thusa ho hlokomela ba banyenyane, ’me monna oa hae a pheha tinare. Har’a bahoeletsi ba 12 ba phuthehong e ’ngoe, ba 5 ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Ho ne ho akarelletsoa lihlooho tse peli tsa malapa, e mong a e-na le bana ba 10 ’me e mong a e-na le ba 14. Ka bobeli ba ne ba lula bohōle ba lik’hilomithara tse 15 ho tloha motseng o moholo. Ba ne ba ea motseng o moholo habeli ka beke ho ea kopanela tšebeletsong ea tšimo lihora tse robong letsatsi le letsatsi. Morali e mong oabo rōna, a sa khone ho tsamaea, o ne a lula setulong ka thōko ho tsela ka pel’a ntlo ea hae, moo a neng a buisana le ba fetang ka tsela.

Hoba ba latsoe thabo ea tšebeletso ena, ba ’maloa ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho ba thusang khoeling eo ba ile ba etsa kōpo ea tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla. (Pes. 34:8) Ka April 1984, ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba kamehla ba 3500 ba lethathamong. Likhoeli tse tšeletseng hamorao ba ne ba le 4200, ’me selemo hamorao palo eo e ne e le 5400. Hona joale ho na le bo-pula-maliboho ba kamehla ba 22 500 naheng eo. ’Me ba thabile hakaakang ha ba kopanela ka botlalo mosebetsing oa bohlokoahali o etsoang lefatšeng kajeno!

Lingoliloeng Tse Hatisoang ka Nako e le ’Ngoe

Pele ho 1984, boitsebiso bo hlahang limakasineng tsa rōna tsa Sepotoketsi bo ne bo sa hatisoe pele ho likhoeli tse tšeletseng bo hlahile ka Senyesemane. Leha ho le joalo, selemong seo, mechine e ’meli e hatisang ea rotary offset hammoho le MEPS (Multilanguage Electronic Phototypesetting System, e qapiloeng ke barab’abo rōna ntlo-khōlō ea lefatše New York) e ile ea kenngoa Brazil. Boitsebiso bo fetoletsoeng bo ne bo kenngoa ka ho toba k’homputheng, ’me lenaneo la MEPS le ile la potlakisa tšebetso ea ho hlophisa boitsebiso ka maqephe haholo. Paul Bauer, Erich Kattner le Franz Schredl ba ile ba koetlisoa New York ho sebelisa MEPS le ho e hlokomela. Kahoo ka 1984, boitsebiso bo hatisitsoeng ka Senyesemane bo ile ba qala ho hatisoa ka nako e le ’ngoe le ka Sepotoketsi.

Mechine e hatisang ea rotary offset, eo o mong le o mong ho eona o neng o ka hatisa limakasine tse 32 000 ka hora, e ile ea fanoa ke barab’abo rōna United States. Harry Johnson, oa lelapa la Bethele ea Brooklyn, o ile a hlokomela ho kenngoa ha eona. Ntho ea pele e bile ho hatisoa ha lingoliloeng ka nako e le ’ngoe. Kapele kamorao ho moo, khatiso e ile ea etsoa ka mebala e mene le hona e le ka pampiri ea boleng bo botle. Liphello e bile tse babatsehang! Le ka mohla ho ne ho e-s’o amoheloe lipeeletso tse ngata hakaalo tsa limakasine ka khoeli e le ’ngoe—50 000 ka June 1987. Palo ea lipeeletso e ile ea eketseha butle-butle, ho fihla tlhōrōng ea tse 87 238 ka April 1994. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, hona joale ka karolelano re hatisa limakasine tse 3500 000 ka Sepotoketsi le ka Sepanishe.

Baboloki ba Botšepehi ba Bokana ka Manane a Fetang a Tloaelehileng

Ketsahalo e ’ngoe e ikhethang ka 1985 e bile ho sebelisoa ha mabala a lipapali a mabeli a maholohali Brazil ka nako e le ’ngoe—Lebala la Lipapali la Morumbi São Paulo le Lebala la Lipapali la Maracanã Rio de Janeiro—bakeng sa Likopano tsa rōna tsa Setereke tsa “Baboloki ba Botšepehi.” Likopanong tsena, tse ileng tsa tšoaroa ka la 23-25 August, 1985, ho bile teng baeti ba tsoang linaheng tse 11. Litho tse peli tsa Sehlopha se Busang, John Barr le Lyman Swingle, le tsona li ne li le teng.

Puo ea phatlalatsa e reng “Linako tsa Molimo le Linako tsa Selemo—Li Supa Eng?” e ile ea fanoa ke John Kushnir ho bamameli ba 162 941 São Paulo ’me Augusto Machado eena ho ba 86410, Rio de Janeiro—kakaretso ea batho ba ka bang 250 000! Ke ba batlileng ba lekana le ba bileng teng New York ka 1958 ha baemeli ba tsoang linaheng tse 123 ba ne ba kopane ka nako e le ’ngoe mabaleng a mabeli a lipapali moo. Empa seo e ne e se phetho ka likopano Brazil ka 1985.

Kantle ho likopano tsena tse peli tsa machaba, ho ile ha tšoareloa tse ling tse 23 likarolong tse sa tšoaneng tsa naha, moo ho bileng teng kakaretso ea ba 144 000 ’me ha kolobetsoa ba 1192. Har’a ba ileng ba kolobetsoa e bile mofumahali e mong ea tsoang São Leopoldo, Rio Grande do Sul, ea neng a sa tsoa lahleheloa ke ngoana kotsing ’me ka lebaka leo a ile a retelehela ho sebelisaneng le balimo. Leha ho le joalo, o ile a bala bukana ea Meea e sa Bonahaleng—Na E-ea re Thusa? Kapa E re Ntša Kotsi? ’me o ile a khahloa ke seo a se balileng hoo a ileng a tsamaea a batla Holo ea ’Muso ea moo. Ha a le moo o ile a amohela thuto ea Bibele ’me a tsoela pele ka potlako ho fihlela a kolobetsoa. Kajeno, eena, monna oa hae, le setloholo sa ngoanana ba sebeletsa Jehova.

‘Ho Bokana Hammoho’ ho sa Tsotellehe Bohōle

Bara le barali babo rōna ba Bakreste Brazil ka sebele ba ananela keletso ea Bibele ea hore ba se tlohele ho bokana hammoho, le hona haholo-holo ha ba bona letsatsi la Jehova le ntse le atamela. (Baheb. 10:24, 25) Ka linako tse ling hona ho hloka boiteko bo boholo ho bona. Mor’abo rōna phuthehong e Fazenda Taquari, Bahia, le hoja a holofetse ’me a le lilemo li 70, o tsamaea lik’hilomithara tse robeli ho ea fihla Holong ea ’Muso. Barab’abo rōna ba Phuthehong ea Olindina, Bahia, ba tsamaea lik’hilomithara tse 16 ba nkile mokotlana oa polasetiki o tšetseng liphahlo e le hore ba ka chencha liaparo tse kolobisoang ke metsi ha ba tšela nōka. Pará, malapa a ’maloa a tsamaea lik’hilomithara tse tšeletseng a fohla moru moo hangata a bonang moo jaguar e hatileng teng. Hape, phuthehong e Repouso do Amatari, Amazonas, malapa a mabeli, a nang le batho ba 15, a tsamaea har’a mofero a e-na le motho e moholo a le mong ka pele hore a otle lifate le fatše ka molamu e le hore a ka leleka linoha.

Morali’abo rōna ea immeng, a nkile le ngoana e mong, o ne a tsamaea lik’hilomithara tse 16 ho ea Holong ea ’Muso torotsoaneng ea Axixá, Tocantins, neng le neng ha a sa khone ho fumana teraka e ka mo palamisang. Hore a tle a ee le bana ba hae ba banyenyane Holong ea ’Muso, morali e mong oabo rōna, Bahia, o ba kenya ka har’a libasekete tse peli tse khōlō, li leketlile mahlakoreng a tonki eo a e hulang.

Nakong ea kopano ea potoloho Cruzeiro do Sul, Acre, batho ba 37 ba phutheho e ’ngoe Rio Badejo, Amazonas, ba ne ba le teng, le hoja phutheho eo e ne e tlaleha feela bahoeletsi ba 9. Sehlopha seo se ile sa tsamaea lihora tse robeli e le hore se ka ba teng. Har’a bona ho ne ho e-na le morali’abo rōna ea nang le bana ba robeli, e monyenyane ho bona a le lilemo li hlano. Hape, barab’abo rōna ba leshome ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse 100 ka libaesekele hore ba be teng kopanong ea bona Floriano, Piauí. Ka sebele ba tletse kananelo bakeng sa litokisetso tsa moea tseo Jehova a li etsang.

Balisa ba Mohlape ba Itelang

Palo ea bahoeletsi e hōlang ka potlako e entse hore ho hlokahale balisa ba eketsehileng ba moea hore ba hlokomele mohlape oa Molimo. (Lik. 20:28; 1 Pet. 5:2) Ha ho hlokahale feela baholo ba hlokomelang liphutheho ka bomong empa hape ho hlokahala le balebeli ba tšoanelehang ba ka lokisetsang ho tsamaea e le hore ba ka hlokomela lipotoloho le litereke ka lerato. Barab’abo rōna ba bangata ba ’nile ba itela e le balebeli ba tsamaeang ka lilemo tse fetang tse 30. Ka karolelano, ho thehoa lipotoloho tse ncha tse 12 selemo se seng le se seng, ’me hona joale ho na le balebeli ba potoloho ba 326 le balebeli ba setereke ba 21 tšimong ea Brazil. Bara bana babo rōna ba bonahatsa moea o motle, ba ikemiselitse ho sebeletsa kae kapa kae, ho sa tsotellehe hore na maemo a joang.

Hoo ho ne ho ka akarelletsa eng? Ba bang ba siile matlo a mabothobotho, ’me hona joale ka thabo ba amohela marobalo maemong a sa tšoaneng ao barab’abo rōna ba phelang ho ’ona. Kaha boemo ba leholimo ke ba libaka tse chesang, ba tlameha ho sebetsana le menoang le likokoanyana tse ling. Ka lebaka la mocheso, ba bang ba robala ho li-hammock ho e-na le libetheng. Ho na le matlo a nang le marulelo empa a se na mabota. Libakeng tse ka thōko, mokhoa oa ho tsamaea e ka ba ka seketsoana, ka pere, ka mekeretla ea libese, kapa ka maoto feela.

José Vertematti, ea neng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho ka bo-1970 Maranhão, o ile a ngola: “Ho fihla liphuthehong Sítio Ceará le Guimarães, ’na le mosali oa ka, Mazolina, re ne re tlameha ho tsamaea lihora tse peli ka seketsoana ebe re letela mokhoa ofe kapa ofe oa ho tsamaea o tlang, kaha ho ne ho se na tšebeletso ea libese. Makhetlo a mangata re ile ra tsamaea ka teraka, Mazolina a lutse le mokhanni ’me ’na ke le ka morao holim’a thōtō, e neng e akarelletsa lifariki, likhoho le lipōli kapa mekotla ea phofo, reisi le linaoa. Ha teraka e ne e qaoa seretseng, re ne re tlameha ho theoha ’me re e sutumetse. Haeba lintho li ile tsa tsamaea hantle, karolo ena ea leeto e ne e nka lihora tse ka bang tse hlano. Ebe joale re tsamaea lihora tse ling tse ’nè ho ea fihla Holong ea ’Muso.” Lipaki tsa moo li ne li ananela maeto ana haholo.

Hore ba be teng libokeng Holong ea ’Muso Guimarães, bara ba bang babo rōna ba ne ba tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 30 beke le beke, e leng ho neng ho nka lihora tse hlano kapa tse tšeletseng. Nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, ba ne ba ee ba lule toropong beke eo kaofela e le hore ba ka rua molemo ka ho feletseng ketelong ea hae.

Ho na le lipotoloho tse akaretsang libaka tse khōlō, tse qaqolohaneng. Ka mohlala, ka bo-1980, potoloho e ’ngoe e ne e akarelletsa litereke tsa Acre, Rondônia, le likarolo tsa Mato Grosso le Amazonas, sebaka se lekanang le sa Spain. Ha a ntse a le potolohong eo, Adenir Almeida o ile a etela phutheho e Lábrea, Amazonas, toropong eo batho ba bangata ba neng ba tšoeroe ke lefu la Hansen kapa lepera. Hore a e’o fihla moo, o ile a tsamaea lihora tse ’nè ka bese, a robaletsa ntlong e ’ngoe ea bolulo, ’me a tsohella tseleng, hammoho le baeti ba bang ba robeli, ba le ka morao terakeng e laetseng libotlolo tsa joala. Ka mor’a ho tsamaea lihora tse ’maloa har’a mocheso, kaofela ha bona ba ne ba nyoriloe haholo. Ntho feela e metsi e teng e ne e le e ka libotlolong tseno. Mor’abo rōna Almeida oa ipolela hore tlas’a maemo ao ho ne ho le thata ho hana ha ba bang ba re ho arolelanoe libotlolo tse utsoitsoeng thepeng eo. Ka mor’a ho tsamaea lihora tse leshome letsatsing le chesang, le lerōle le lengata le pula hamorao, ba ile ba qetella ba fihlile Lábrea. Mono, phutheho eohle e ne e tlile ho tla mo khahlametsa—bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng le bahoeletsi ba babeli ba sa kolobetsoang! Ka Sontaha, o ile a thabela ho kolobetsa bahoeletsi bao ba babeli.

Ho Wladimir Aleksandruk, mor’abo rōna oa lesoha ea sebelelitseng e le molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse ka bang 30, libaka tsa marobalo li ne li akarelletsa teronko ea sebaka seo. E ne e le ka 1972, ’me o ne a etetse mohoeletsi ea ka thōko eo monna oa hae a neng a sa lumela. Toropo eo e ne e le nyenyane, ’me ho ne ho se na hotele, kahoo molebeli oa potoloho o ile a lokisetsa ho ea robala ntlong ea teronko. O hopola sena a tšeha: “E mong le e mong o ne a nka hore ke mookameli e mocha oa sepolesa, kaha ba ne ba mpona ke tsoa ke kena teronkong ka boithatelo, ’me ke ne ke apara sutu ’me ke fasa thae. Qalong, ke ne ke le mong, empa letsatsing la bobeli, ke ne ke e-na le monna e mong ea neng a utsoitse fariki. Kahoo ke ile ka khona ho mo pakela.”

Balebeli bana ba itelang habonolo baa lumela hore ho kukuneloa leha e le hofe kapa ho haelloa ke ho ba boinotšing ho fetoa hōle ke lerato le mofuthu le cheseho ea sebele tse bontšoang ke barab’abo rōna.

Ho Leba Bophirimela

Ka bo-1980, malapa a mangata a tsoang ka boroa a ile a mamela pitso e reng: “Mohlankana, e-ea bophirimela!” A ile a fallela ka bophirimela ho Brazil, haholo-holo Rondônia, a batla sebaka se loketseng bakeng sa temo. ’Muso o ne o fana ka sebaka seo mahala. Litsela tse bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 35, tse bitsoang mela, li ile tsa buloa merung, ’me naha e ka mahlakoreng a “mela” ena e ne e bulehetse baahi. Hona ho ile ha fana ka tšimo e babatsehang bakeng sa ho paka!

Pimenta Bueno, Rondônia, monna e mong ea kutang moriri, oa bolumeli ba boevangeli o ile a haha kereke. Leha ho le joalo, o ile a khopeha ha a bona liqabang tse har’a baruti ba bolumeli ba hae, e mong le e mong a batla ho ea kerekeng eo ho eona ho bokelloang chelete e ngata. Ho ne ho se mohla a kileng a mamela Lipaki. Empa ka letsatsi le leng ha a ntse a shebeletse bo-pula-maliboho ba khethehileng ba sebetsa seterateng, ho bonahala ba thabile haholo, o ile a ipotsa: ‘Haeba ke e-na le ’nete, ke hobane’ng ha ke khopehile hakaale? ’Me haeba ke “baprofeta ba bohata,” ke hobane’ng ha ba thabile hakaale?’ O ile a etela bo-pula-maliboho—bosiu, e le hore ba bang ba se ke ba mo bona—’me a amohela thuto ea Bibele. A khahliloe ke seo a neng a ithuta sona, o ile a mema bo-pula-maliboho, Jonas le Robson Barbosa de Souza, hore ba e’o bolella litho tse 30 tsa kereke ea hae. Ba bangata ba ile ba amohela ’nete, ’me ka mor’a nako kereke eo e ile ea koaloa. Kapele ka morao ho moo, kereke e K’hatholike ea sebakeng seo le eona e ile ea lahloa kherehloa, kaha motho ea neng a tsamaisa litšebeletso, le lelapa la hae, le bona ba ne ba fetohile Lipaki tsa Jehova.

Nakong ea ketelo ea pele ea molebeli oa potoloho phuthehong eo, ho ne ho se ho ntse ho e-na le bahoeletsi ba 49, ’me batho ba 280 ba ile ba e-ba teng puong ea phatlalatsa. Tšimo e ne e le nyenyane, ’me ka nako e khutšoanyane, baahi bohle e ne e le Lipaki kapa ba ne ba ithuta le tsona. Kahoo bahoeletsi ba ne ba tlameha ho ea ka teraka metseng ea boahisani ho ea bolela. Hape ba ne ba sebelisa teraka (e nang le seile) ho ea likopanong motseng o moholo o haufi, Pôrto Velho, o bohōle ba lik’hilomithara tse 600.

Sebaka sa Amazon

Ho paka sebakeng sa Amazon ho hlahisa liphephetso tse khethehileng, empa litlhoko tsa moea tsa batho ba phelang moo ha lia hlokomolohuoa. Sena ke sebaka se seholo ho feta Europe Bophirimela. Karolo ea moru ea Brazil e koahela hoo e ka bang halofo ea naha eohle, empa e na le baahi ba 9000 000 feela—hoo e ka bang karolo ea 6 lekholong ea baahi ba Brazil. Likarolo tse ling tsa linōka sebakeng sena ka sebele li tšoana le maoatle. Ka mohlala, Nōka ea Negro, e ’ngoe ea tse khōlō tse tlatsetsang Nōka ea Amazon, e bophara ba lik’hilomithara tse 18 haufi le Manaus, motse-moholo oa setereke seo, ’me molomong oa karolo e khōlō ea Nōka ea Amazon ke boahlamo ba lik’hilomithara tse 50. Har’a linōka tsa lefatše, Amazon e talingoa e le morena oa tsona ka litsela tse ngata.

Sebakeng sena ho tloaelehile ho tsamaea matsatsi a ’maloa ka seketsoana ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong. Bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba abetsoeng Eirunepé, Amazonas, toropo ea baahi ba 20 000, ba ile ba ngola: “Leeto la ho ea kabelong ea rōna le ile la nka matsatsi a 13 ka seketsoana. Re ile ra nka seketsoana seo e le karolo ea tšimo ea rōna. Ha re ntse re le seketsoaneng, re ile ra tsamaisa lingoliloeng tse ’maloa ’me ra qala lithuto tsa Bibele tse robeli, tseo re neng re li khanna habeli ka letsatsi.” Amazonia, ho na le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 213 ba tšoarehileng ho thusa batho ho rua molemo Lentsoeng la Molimo.

Ho Palama Liketsoana Tsa Mokhatlo

Ho tloha ka 1991 ba bang ba bo-pula-maliboho ba rōna ba khethehileng ba ’nile ba sebelisa liketsoana e le karolo ea thepa ea bona ea kamehla tšebeletsong. Selemong seo Mokhatlo o ile oa fana ka liketsoana tse peli hore li sebelisoe. Ho na le Boas Novas (Litaba tse Molemo), e tsamaeang nōkeng ea Negro, ea Purus, ea Madeira le ea Solimões. Proclamador das Boas Novas (’Moleli oa Litaba tse Molemo) e potolohang sehlekehleke sa Marajó—se lekanang le Netherlands ka boholo—molomong oa Nōka ea Amazon.

Seketsoana se seng le se seng se abetsoe bo-pula-maliboho ba khethehileng ba bahlano. Ha lihlopha tse peli tsa bo-pula-maliboho li le tšebeletsong, pula-maliboho e mong o sala seketsoaneng a pheha lijo le ho hloekisa hammoho le ho lebela bosholu bo ka ’nang ba etsahala. Sepheo se seholo ke ho finyella baahi ba metsana e mabōpong a linōka le ba bang ba phelang mekhorong e hahiloeng ka lifate kapa matlong a phaphamalang holim’a metsi.

“Entre!” (Kena!) ke kamohelo eo bo-pula-maliboho ba e utloang kamehla ha ba atamela malapa. Sena se lateloa ke bopaki ba metsotso e 40 kapa ho feta. Bo-pula-maliboho ba lula likhoeli tse ka bang tse peli metsaneng e meholoanyane, ba khanna lithuto tsa Bibele le batho ba thahasellang, hangata ka makhetlo a mangata ka beke. Hangata lipuo tsa phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa li tšoareloa sekolong kapa lelapeng la motho. Liboka tse ling li tšoareloa seketsoaneng. Haeba batho ba bontša takatso ea ’nete ea ho sebeletsa Jehova, ho abeloa bo-pula-maliboho ba khethehileng hore ba lule ’me ba hlaolele thahasello eo.

Hoo e ka bang lihora tse tharo ka seketsoana ho tloha Manaus, tikolohong ea Janauacá, ho na le Holo e ikhethang ea Kopano e hahiloeng ke barab’abo rōna ba sebakeng seo. Mona, ha ho na bothata ba ho fumanela ba tlileng likopanong likamore ba e-tsoa hōle. Ba bangata ba phela matlong a phaphamalang holim’a metsi, kahoo ba mpa feela ba hula ntlo ea bona ka seketsoana ho ea Holong ea Kopano, e hahiloeng sehlekehlekeng, ba “paka” ntlo ea bona, baa theoha ’me ba ea kopanong. Le hoja liphutheho tse haufi le moo li e-na le bahoeletsi ba ka tlaase ho 100, ba bang teng likopanong ba fihla ho ba ka bang 250.

Maindia a Thusoa ho Ithuta ’Nete

Maindia, ao hangata haholo a tšoaroang ka ho se hlomphuoe ke batho ka kakaretso, a khahloa ke ha Lipaki tsa Jehova li hlile li a tšoara ka tlhompho. A mangata ho ’ona a tsoetse pele moeeng ho fihlela a kolobetsoa.—Lik. 10:34, 35.

Hamilton Vieira, ea ileng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho sebakeng seo ho phelang Maindia ho sona, o hopola phihlelo eo a bileng le eona le ’ona. Puong, o ile a qotsa Luka 21:34-36, e lemosang ka “ho ja ho tlōla le ho noa haholo.” Pele, o ile a bua ka “ho ja ho tlōla.” Ha bamameli ba hae ba thatafalloa ke ho utloisisa se boleloang, o ile a hlalosa. Maindia a ile a makala ’me joale a qala ho tšeha. Khopolo ea ho ja ho tlōla e ne e le e se nang kelello ka ho feletseng ho ’ona. E le karolo ea tsela eo a phelang ka eona, Maindia a ka ’na a likaliketsa litlhapi ka nōkeng empa joale a tla tšoasa feela tse lekaneng ho khotsofatsa tlhoko ea ’ona ea hona hoo eseng ho feta moo. Empa ho thoe’ng ka “ho noa haholo”?

Ka masoabi, ho noa lino tse tahang ka ho feteletseng ho tloaelehile har’a Maindia. Tšebeliso e mpe ea joala e ’nile ea khothalletsoa ke batho ba a rekelang lino ’me ba ho nka e le boithabiso ho shebella tsela eo a itšoarang ka eona ha a tahiloe. Mor’abo rōna Vieira o ile a khona ho hlalosa hore feela joalokaha e le bothoto ho ja haholo, ke ntho e se nang kelello ka ho tšoanang ho noa haholo.

Sebakeng sena ka linako tse ling moeti o tlameha ho tsamaea litseleng tse tšesaane har’a moru ’me a ithute ho boloka botsitso ha a tsamaea holim’a likutu tsa lifate tse rapalalitsoeng joaloka borokho holim’a linōka tse fetang ka tlaase. Hangata likutu tsena li mongobo ’me lia thella. Mor’abo rōna Vieira oa hopola: “Ho tsamaea holim’a tsona ho ne ho se bonolo ho ’na. Barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ne ba se na bothata, leha e le baralib’abo rōna ba bileng ba nkileng bana le bao, ke hlabiloe ke lihlong, ba nkileng mekotlana ea ka, ha ke ntse ke loana le ho boloka botsitso.”

Thuso e sa Lebelloang

Ka bo-1970 le bo-1980, lipuo tsa phatlalatsa tse neng li akarelletsa ho bontša liselaete li ile tsa phetha karolo ea bohlokoa ho boleloeng ha litaba tse molemo. Pataíba, Bahia, e ne e e-na le baahi ba 1500 feela le phutheho e nyenyane, empa ba bileng teng bakeng sa pontšo ea liselaete ba ne ba le 1572. Hoo ho ile ha etsahala joang? Moacyr Soares, molebeli oa potoloho, oa hlalosa: “Kaha Holo ea ’Muso e ne e le nyenyane, ke ile ka etsa tlhahiso ho baholo hore ba kōpe tumello ho ’masepala hore ho sebelisoe sebaka sa ’maraka se bohareng ba motse, malebana le kereke e K’hatholike. Ka tumello ea hae, re ile ra tlosa lintho tseo ho rekisetsoang ho tsona eaba re etsa holo. E ne e le ‘Beke e Halalelang,’ ’me ho ne ho reriloe hore mokoloko o moholo o qale kerekeng ka 6:00 thapama, nako eo puo ea rōna ea phatlalatsa e neng e lokela ho qala ka eona. Ho ne ho memiloe batho ba tsoang litoropong tse haufi, ’me kaha ho ne ho se moprista ea lulang toropong eo, e mong o ne a lokela ho tsoa ka ntle ho tla etella mokoloko oo pele. Leha ho le joalo, koloi ea moprista e ile ea pancha ’me ha aa ka a fihla ka nako. Ka lebaka leo, boholo ba batho ba tlileng mokolokong ho e-na le hoo ba ile ba ba teng puong ea rōna. Ka ho loketseng, sehlooho sa puo eo se ne se re ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng Mehleng ea Bofelo.’”

Bahoeletsi ba 200 000!

Ka January 1987 palo ea bahoeletsi ba ’Muso e ile ea feta 200000 Brazil, ’me keketseho e ne e tsoela pele ka lebelo le leholo. Ka 1988, ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse 367; tse eketsehileng tse 370 ka 1989—ka karolelano ke ho feta e le ’ngoe ka letsatsi! Basebetsi ba eketsehileng—lingoliloeng tse eketsehileng! Kahoo mochine o hatisang oa boraro oa rotary, o ka hatisang limakasine tse 38 000 ka hora, o ile oa romeloa ho tla re thusa. Ho ne ho boetse ho hlokahala hore ho sebelisoe mekhoa e mecha Lefapheng la Thomello e le hore le ka sebetsana le liodoro tse likete tsa libuka tse tsoang liphuthehong.

Ho ile ha etsoa lipolane bakeng sa mohaho o haufi le oa fektheri e seng e ntse e le teng, kahoo ha eketsoa sebaka sa ho sebeletsa ho tloha ho lisekoere-mithara tse 27 000 ho ea ho lisekoere-mithara tse 42 000. Kaho e ile ea qala ka December 1988 ’me e ile ea etsoa ke sehlopha sa kaho sa Bethele tlas’a tataiso ea botsebi ea bahlanka ba bangata ba machaba—kaofela e le baithaopi.

Thuso e Tsoang ho Bahlanka ba Machaba

Re ile ra thabela ho ba le barab’abo rōna ba nang le tsebo ba 35 ba tsoang linaheng tse ling ba ileng ba thusa morerong ona oa ho atolosa fektheri ’me hamorao, ra haha mehaho ea bolulo e eketsehileng. Ba bang ba bara le barali babo rōna ba ile ba sebeletsa ka libeke tse ’maloa, ba bang likhoeli, ’me ba seng bakae ka lilemo tse fetang tse tšeletseng. Boteng ba bona bo ne bo khothatsa, bo haha, ’me ka lebaka la botsebi ba bona, e le bo behang litholoana haholo.

Ba bang ba bahlanka bana ba machaba ba ne ba le banyenyane; ba bang e le bo-nkhono le bo-ntate-moholo. Keith Colwell le mosali oa hae, Rae Etta, e bile ba pele ba ho fihla, ka March 1989, ’me ba ne ba le mokhahlelong oa ho qetela lilemong. Ba ne ba le lilemo li ka holimo ho 50. Keith o re: “Ho ba hōle le barali ba rōna ba babeli le bakhoenyana, litloholo tse ’nè, le ’Mè le Ntate ha hoa ka ha e-ba bonolo. Ka linako tse ling, re nahana ka ho khutlela hae ’me re be feela ‘nkhono le ntate-moholo,’ empa hafeela re ntse re ka sebelisoa ’me re e-na le matla, re tla thabela ho re: ‘Ke ’na enoa, roma ’na!’—Esaia 6:8.”

Darwin Harley le mosali oa hae, Shirley, le bona ba ile ba sebeletsa Brazil lilemo tse ka bang tse tšeletseng. Le bona ba ne ba hopola ka tlholohelo bana ba bona ba bane le litloholo tse robeli. Leha ho le joalo, ba ne ba ikemiselitse ho beha Jehova pele bophelong ba bona le ho tsoela pele ba behela bana ba bona mohlala ntlheng eo. Kahoo, ka mor’a hore oa ho fela a nyaloe, Darwin le Shirley ba ne ba se na pelaelo ea hore na ba lokela ho etsa eng. Ba ile ba etsa kōpo ea ho sebeletsa ba sa khaotse e le bahlanka ba machaba. Hona joale, le hoja ba le lilemo li ka holimo ho 60, ba bua tjena ka ho ameha maikutlo: “Re leboha Sehlopha se Busang ka monyetla oa ho sebeletsa Jehova ka tsela ena e khethehileng.” Ho ne ho e-na le mahlo a mangata a tletseng meokho ha lelapa la Bethele Brazil le tlameha ho re bahlanka bana ba tšepahalang kaofela ba tsoang linaheng tse ling ba tsamaee hantle. Ba bang ba bona ba ile ba khutlela malapeng a bona, ha ba bang ba ile ba ea likabelong tse ncha.

Moprista o Ithuta ’Nete

Har’a lintho tse khōlō tse ka sehloohong tseo Jehova a li entseng Brazil ke ho lokolla batho ba neng ba amehile ka ho teba bolumeling ba bohata. Ka letsatsi le leng ka beseng, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a lula haufi le Ademir de Oliveira, ea neng a ’nile a sebeletsa e le moprista ka lilemo tse leshome Kerekeng e K’hatholike ea Brazil. Ho ile ha phahama moqoqo mabapi le hore na lentsoe “lihele” le bolela’ng. Hamorao, Ademir o ile a nahana ka moqoqo oo, ’me ha a ntse a bala limakasine tsa rōna, ’nete e ile ea hlaka kelellong ea hae.

Kerekeng ea hae o ile a qala ho ruta hore Jehova ke Molimo le hore ho sebelisa litšoantšo ho fosahetse. Empa o ile a hlokomela hore ha a sebelise seo a se bolelang—ka holim’a tsohle, kereke e ne e ntse e e-na le litšoantšo tsa eona. Ho sa le joalo, ha ntate oa hae le ’mè oa hae ba e-shoa ka nako ea likhoeli tse leshome feela, a qala ho ikutloa eka Molimo oa mo otla ka ho nahana ho tsoa Kerekeng e K’hatholike. Leha ho le joalo, nakong ea lepato la ’mè oa hae, o ile a hlokomela hore Jehova ke Eena ea neng a ka mo tsosetsa bophelong hape. Ka 1989 o ile a ea sebokeng sa hae sa pele Holong ea ’Muso ’me a ba teng kamehla ka mor’a moo. O ile a tsoa Kerekeng e K’hatholike, ’me khoeling ea hae ea pele e le mohoeletsi oa ’Muso, o ile a tlaleha lihora tse 60 ’me a tsamaisa likopi tse 12 tsa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Hoba a kolobetsoe e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla, ’me hona joale o boetse o sebeletsa e le moholo Jundiaí, São Paulo.

Likarabelo Lipotsong Tseo Bacha ba li Botsang

Bacha ba hloka thuso hore ba tle ba sebeletse Jehova ka ho amohelehang. (Moek. 12:1) Letoto la Likopano tsa Setereke tsa “Boinehelo ba Bomolimo,” tse ileng tsa tšoaroa ka 1989, li ile tsa fana ka thulusi e molemo ho finyella seo. Ngoanana e mong ea lilemo li 15 o ile ngola: “Qalong ea lenaneo, ho ile ha etsoa tsebiso ea hore bacha bohle ho tloha ka ba lilemo li 10 ho ea ho 19 ba lokela ho lula hammoho ka pele holong. Kaofela ha rōna re ne re tšohile re ipotsa hore na ho tla etsahala’ng. Qetellong ea lenaneo, ka mor’a puo e behoang ka cheseho, sebui se ile sa tsebisa hore mocha e mong le e mong o ne a tla amohela mpho ea buka e nang le sehlooho se reng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. E bile ntho e hlollang haholo! Ke ile ka batla ke lla, ke ne ke thabile haholo. E ne e le seo re se hlokang hantle. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka leba bukeng eo khafetsa bakeng sa keletso. Ka mpho ena ea bohlokoahali e tsoang ho Jehova, re hlomeletsoe hantle ho tobana le likhatello tsa tsamaiso ena.” Ho ile ha ajoa libuka tse fetang 70 000 har’a bara le barali babo rōna ba banyenyane likopanong tse 108 tse ileng tsa tšoaroa ka hare ho naha.

Ho hakanngoa hore hoo e ka bang karolo ea 35 lekholong ea ba bang teng libokeng tsa phutheho Brazil ke bacha. Letsatsi le letsatsi ba tobana le tšusumetso e tlotlollang ea lefatše le ratang lintho tse bonahalang le le itšoereng hampe. Ba tobana le phephetso ea ho fumana thuto e lekaneng ea lefatše e ba lokisetsang bophelo ba ha e se e le batho ba baholo ha, ka nako e tšoanang, ba ntse ba fumana thuto ea bohlokoa e tsoang Lentsoeng la Molimo e ka ba lokisetsang ho pholohela lefatšeng la hae le lecha la ho loka. Boholo ba bona bo tobane le phephetso ena. Ba bangata ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang esita leha ba ntse ba e-ea sekolong, ’me ba ngolisa e le bo-pula-maliboho ba kamehla hang ha ba qeta sekolong. Ba bang ba nka sekolo e le tšimo ea bona ea botho ’me ba sebelisa menyetla eohle e hlahang ho paka moo.

Ha Paki e ne e etetse sekolong Minas Gerais ’me e buisana le e mong oa matichere, tichere eo e ile ea hlalosa: “Ke ne ke e-na le banana ba babeli sehlopheng sa ka, ba le lilemo li 9 le 11. Ke ile ka hlokomela hore ba ne ba fapane le barutoana ba bang bohle. Ke ile ka hlokomela hore linakong tsa lithapelo tsa rōna ba ne ba ema ba khutsitse le ba bang empa ba sa phete lithapelo tseo. Ha ke ba botsa hore na ba ne ba sa tsebe ho rapela kapa hore na ba ikutloa ba sa phutholoha ho rapela, ba ile ba mpolella hore Jehova Molimo ha a utloe lithapelo tsa pheta-phetane le hore ha re ne re rapela ba ne ba rapela ba khutsitse. Ke ile ka ba botsa: ‘Le rapela joang?’ E moholoanyane a re ho ’na: ‘Ke kōpa u inamise hlooho,’ eaba joale oa rapela. O ile a leboha Jehova ka batsoali ba bona, lijo tsa bona, tichere ea bona, ’me o bile a rapella le bophelo ba ’mè oa bona, ea ba rutileng ’nete e tsoang Bibeleng. Ke ile ka sitoa ho thiba meokho ’me ke ile ka tlameha ho mathela ntloaneng ho ea lla.” Leetong la ho boela, mohoeletsi eo o ile a fumana hore lelapa labo ngoanana eo le falletse hobane ho ne ho se na Holo ea ’Muso toropong eo tichere eo e neng e ruta ho eona. Tichere ea qetella ka ho re: “Ke ba hloloheloa haholo.”

Matla a ’Nete a Fetolang

Lentsoe la Molimo le ka ba le phello e matla, e fetolang bophelong ba batho. Ka mohlala, batho ka bomong ba entsoeng makhoba ke bademona, baa lokolloa. Seo e bile ’nete ka mohlankana e mong São Paulo eo lelapa labo le neng le sebelisana le balimo. Esale ho tloha ha a le lilemo li 13, o ne a hlokomela setsi sa ea sebelisanang le balimo (macumba), moo ba bangata ba neng ba e-ea teng bakeng sa thuso mabapi le ho rarolla mathata a mefuta eohle, a amanang le lelapa, ho kula, mosebetsi le lefereho. Kantle le ho sebelisa metsoako ea litlama, litšebeletso tseo li ne li akarelletsa mahlabelo a liphoofolo—a lihohoana, likhoho le lipōli—mabitleng bosiu. Ka linako tse ling, ho ne ho sebelisoa masapo a batho a utsoitsoeng mabitleng. Ka 1990, ha a le lilemo li 19, o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele. Ha a hlokomela hore seo a neng a ithuta sona e ne e le ’nete, o ile a bitsa bana ba sebelisanang le balimo ba 11 ba mo sebeletsang ’me a hlalosa hore Bibele e nyatsa mekhoa ea ho sebelisana le balimo. E le ho itokolla litlhaselong tsa bademona, o ile a chesa lintho tsohle tsa tšebelisano le balimo tseo a neng a e-na le tsona. Ka mor’a likhoeli tse hlano a ithuta Bibele, e ile ea e-ba mohoeletsi, ’me khoeling ea pele e le ’moleli, o ile a tlaleha lithuto tsa Bibele tse 12. (Lik. 19:19, 20) Boholo e ne e le batho ba tikolohong ea hae ba neng ba mo tseba e le macumbeiro (ea nang le tsebo e ntle ea macumba). Ka mor’a hore a kolobetsoe o ile a sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang, eaba e-ba pula-maliboho ea kamehla, ’me hamorao, e le setho sa lelapa la Bethele ea Brazil.

Bophelo ba motho ea neng a le mafolofolo meketeng ea selemo le selemo ka lilemo tse 20 le bona bo ile ba ameha ka ho teba. O ne a ile a amohela meputso bakeng sa karolo ea hae meketeng e tummeng ea ho tantša Rio de Janeiro. Mokhoa oo a neng a phela ka oona o ne o akarelletsa ho noa ka ho feteletseng, papali ea chelete, le ho kopana le batho ba neng ba tloaetse mefuta eohle ea boitšoaro bo bobe. Ha a ithuta ’nete, o ile a fetola tsela ea hae ea bophelo ka ho feletseng. Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang, ’me o sebelisa talenta ea hae ho khabisa sethala likopanong.

Mohlankana e mong Rio de Janeiro o ne a e-na le lerato le tebileng la bolo ea maoto. E ne e le karolo ea sehlopha se thoholetsang se hlophisitsoeng ke tlelapo ho tšoenya hampe litho tse thoholetsang tsa karolo ea ba lireng. O ne a tloaetse ho ea lebaleng la papali ea bolo ea maoto a hlometse ka rabolloro kapa bomo ea maiketsetso. Hoo e batlang e le papaling e ’ngoe le e ’ngoe, o ne a ameha litoantšanong le sehlopha sa ba lireng le mapolesa. Leha ho le joalo, ea kileng a kena sekolo le eena, e leng Paki, o ile a qala thuto ea Bibele le eena. O ile a utloisisa hantle hore na metsoalle ea hae ea sebele ke bo-mang le hore na sera sa hae se seholohali ke mang. O ile a lumella hore ’nete ea Bibele e fetole botho ba hae, eaba oa kolobetsoa.

Pedro, mohlankana ea phelang São Paulo, le eena o ne a ameha tseleng e mabifi ea bophelo. O ile a kopanela mokhoeng oa ho itšireletsa ntle ho libetsa o bitsoang capoeira (mokhoa oa ho hlasela ka mabifi) ’me o ne a rata ho nka lithunya. O ne a ka ba bolelele ba limithara tse peli, a shahlile, kamehla a ameha lintoeng. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng, o ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele. Ka mor’a ho mamela puo ea Bibele Holong ea ’Muso, o ile a hlokomela hore o tla tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. O ile a senya libetsa tsa hae ’me a tsoela pele ho fihlela a kolobetsoa. Ho tloha ka nako eo, o thusitse litho tse leshome tsa lelapa labo hore li kopanele le eena ho sebeletseng Jehova.

Na ’nete e ka thusa motho hore a hlōle ho ba lihlong? E ho entse ho mofumahali e mong São Paulo. Ha a qala ho utloa molaetsa oa Bibele, o ile a hlolloa ke seo a neng a ithuta sona. Ho ntse ho le joalo, ho ba teng libokeng le ho kopanela boboleling ba phatlalatsa ba litaba tse molemo e ne e le tšitiso e khōlōhali ho eena. Hobane’ng? Ka lebaka la lihlong tsa hae le ho tšaba ho ba khahlanong le monna oa hae. Empa o ile a lula a hopola litemana tse kang Matheu 10:37 ’me qetellong a fumana sebete sa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. O ne a batla ho thabisa Jehova, empa ka makhetlo a mangata o ne a lla, a loana le tšusumetso ea hore a tlohele ’me a ee hae. Leha ho le joalo, qetellong, ho paka ho ile ha e-ba bonolo le ho ba ho thabisang ho eena. Ka lebaka la ho phehella ha hae, ’mè oa hae, likhaitseli tsa hae tse hlano le monna, kaofela ba ile ba ithuta ’nete.

Ho Sebetsana le ho Phahama ha Theko ea Lintho

Bo bong ba mathata a ka sehloohong ka bo-1980 e bile ba ho phahama ha litheko tsa lintho ka tsela e tšosang. Ho sa tsotellehe maano a ’maloa a moruo, ho phahama ha litheko tsa lintho ho ’nile ha eketseha ho fihlela ho fihla karolong ea 6584 lekholong ho tloha ka May 1989 ho fihlela ka April 1990. Likhoeling tse ling, litheko li ile tsa eketseha hoo e ka bang ka karolo ea 3 lekholong ka letsatsi! Bofelong ba khoeli, ho ne ho hlokahala hore motho a be le chelete e menang eo a bileng le eona qalong ea khoeli ka makhetlo a mabeli hore a tle a reke ntho e tšoanang. E le ka boiteko ba ho sebetsana le boemo bona, ka likhoeli tse 18 ho qala ka March 1990, ’muso o ile oa thibela batho bohle ho ntša chelete bankeng. Ka makhetlo a fetang le le leng, ’muso o ile oa boela oa tlameha ho tlosa linoto tse ’maloa cheleteng ’me oa hatisa chelete e ncha ea pampiri.

Leha ho le joalo, bothata ba ho phahama ha theko ea lintho, e ne e se ntho e ncha, empa se ileng sa etsahala ka 1990 e bile se feteletseng. Ho thabisang ke hore re ne re e-na le setoko se lekaneng sa pampiri le lintho tse ling lekaleng bakeng sa khatiso. Re ile ra reka feela lintho tse hlileng li hlokahalang ’me ra chechisetsa tse ling morao. Lelapa la Bethele la litho tse 800 le ile la lumela hore le tla tsoela pele le sa fumane puseletso ea lona ea khoeli le khoeli ka nakoana. Hape e ile ea e-ba ho khothatsang hore ofisi ea Mokhatlo e amohele lithelefono le mangolo a tsoang ho barab’abo rōna ba fana ka menehelo le likalimo hore re ’ne re sebetse. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ’muso o ile oa lumella mekhatlo e sa etseng phaello, e kang oa rōna, hore e qale ho sebetsa ka tsela e tloaelehileng. Ho Mokhatlo tlokotsi e ne e fetile.

Nakong ena e thata, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho ba mafolofolo tšebeletsong. Li ile tsa sebelisa nako ea tsona, chelete le matla ka bohlale. Tse ngata li ile tsa bontša kananelo ea sebele bakeng sa keletso ea bomolimo ea ho batla ’Muso pele. (Mat. 6:33) Ka lebaka leo, ho bile le litlhōrō tse ncha bahoeletsing, bo-pula-malibohong le ho tsamaisoeng ha libuka ka 1990. Keketseho ea bahoeletsi ea karolo ea 11 lekholong selemong seo ha e e-s’o fetoe ho tloha ka nako eo.

Ha ho ne ho thibeloa batho ho ntša chelete bankeng, Phutheho ea Floresta e Joinvile, Santa Catarina, e ne e e-na le chelete e lekanang le R435 000 bankeng bakeng sa ho haha Holo ea ’Muso. Ba ile ba chechisetsa morero oo morao, empa menehelo e ileng ea amoheloa e ile ea etsa hore ho be bonolo ho emisa holo e ncha kantle le chelete e bankeng. Ha lichelete tse bankeng li qetella li lokolotsoe, phutheho e ile ea khona ho reka setša se pel’a Holo ea ’Muso bakeng sa ho paka makoloi le ho thusa phutheho e ’ngoe ho haha Holo ea ’Muso.

Ho Ithuta ho Bala Bibele ka Kutloisiso

Ha a hlalosa motho ea thabileng, mopesaleme o itse: “Thabo ea hae e molaong oa Jehova, ’me o bala molaong oa hae ka lentsoe le tlaase motšehare le bosiu.” (Pes. 1:2, NW) Empa ho na le batho ba bangata bao ho seng mohla ba kileng ba e-ba le monyetla oa ho ea sekolong ho ea ithuta ho bala. Na ba ka thusoa ho latsoa thabo eo mopesaleme a buang ka eona? Ho qala ka 1958, ho ile ha tšoareloa lithupelo tse khethehileng Liholong tsa ’Muso ho thusa ba sa tsebeng ho bala kapa ho ngola. Ho ile ha nkoa bohato bo tsoelang pele ka 1970 lenaneong lena la thuto ha bukana ea Ithute ho Bala le ho Ngola e ne e lokolloa ka Sepotoketsi. Ho fihlela kajeno, batho ba fetang 20 000, ho akarelletsa ba bangata bao e neng e se Lipaki, ba ile ba thusoa ho ithuta ho bala.

Esita le ba bang bao e seng Lipaki tsa Jehova ba bone melemo ea lithupelo tsena ’me baa li leboha. São Paulo monna e mong ea sa lumelang o ile a leboha phutheho ea moo ka seo e neng e se entse ka ho thusa mosali oa hae ho tseba ho bala. Mookameli oa sepolesa Ferros, Minas Gerais, o ile a romela lengolo la pabatso ho Mokhatlo ka mosebetsi o entsoeng oa ho ruta batšoaruoa ba teronkong moo, a re: “Ebang ke ka pono ea moea kapa ea nama, Lipaki tsa Jehova li sebelisane le mookameli enoa oa sepolesa ho ruta batšoaruoa ho bala. Joaloka pula ea molupe e nang e khutsitse empa e ka etsa hore linōka li tlōle mabōpo, li entse ho hoholo ho etsa hore batšoaruoa e be karolo ea sechaba.”

Ha e le hantle, ho bala ho na le melemo ea hona e meholohali ha motho a thabela Lentsoe la Molimo ’me a le arolelana le ba bang. Paki e ’ngoe e lilemo li 74 Rio de Janeiro e ileng ea rua molemo thupelong ea ho tseba ho bala le ho ngola e etsa seo hantle, ’me hona joale e khonne ho ruta batho ba bangata ba phelang sebakeng sa habo eona ’nete.

Ha ho ne ho lokolloa bukana ea Ithute ho Bala le ho Ngola, bahoeletsi ba ile ba khothalletsoa ho e sebelisa ho khanna lithuto le ba thahasellang ba hlokang thuso e joalo. Ka letsatsi le leng, Sonia Springate, ea neng a sebeletsa e le moromuoa Curitiba, Paraná, o ile a kōpa mofumahali e mong eo a neng a mo pakela hore a bale Tšenolo 21:4. Mosali eo o ile a tsilatsila eaba o re: “Che, uena e bale.” Ha a khutlela ho motho eo, Sonia o ile a fumana hore mosali eo o ne a sa tsebe ho bala. Le hoja mosali eo a ne a tšoarehile a hlokomela bana ba bane, o ile a khanneloa thuto ka thuso ea bukana ea Ithute ho Bala le ho Ngola. Qalong, o ile a ikutloa a nyahame, empa ka ho khothatsoa o ile a phehella, ’me ka selemo feela, o ne a khona ho bala. Kajeno, eena le monna oa hae ke Lipaki tse kolobelitsoeng, ’me bana ba tsoela pele ’neteng.

Ba bang ba neng ba tseba ho bala ba ne ba hloka thuso ea ho ntlafatsa kutloisiso ea bona. E le hore ba ka sebetsana le seo, ho ile ha hlophisoa lihlopha tse tlang ho fumana thuso e tsoetseng pele ea ho bala le ho qoqa liphuthehong tse ling ka 1990. Thuso e joalo hona joale e fumaneha ho Lipaki tse ka bang 6000, ’me liphello li ntle. Ha a qala thupelo ena, morali e mong oabo rōna Rio de Janeiro o ne a nka lihora tse ka bang tse peli ho bala le ho utloisisa boitsebiso ba Thuto ea Buka ea Phutheho. Ka mor’a likhoeli tse peli a le thupelong eo o ne a ka ho etsa ka metsotso e 20.

Kabo e Khethehileng ea Limakasine

Molula-Qhooa, o reretsoeng ho thusa batho ba ratang ’nete ho utloisisa Bibele, o ka sehloohong har’a lintho tse baloang ke Lipaki tsa Jehova. O phahamisa Jehova Molimo e le Morena ’Musi oa bokahohle ’me o bontša kamoo ’Muso oa Molimo o tlang ho rarolla mathata a moloko oa batho kateng. Motsoalle oa oona, Tsoha!, o supa se hlileng se boleloang ke liketsahalo tsa kajeno le ho haha tšepo litšepisong tsa ’Mōpi tsa lefatše le lecha le nang le khotso le le sireletsehileng. Lipaki tsa Jehova li chesehela ho arolelana boitsebiso bona ba bohlokoa le ba bang. E le hore ho ka eketsoa kabo ea limakasine tsena le ho khothalletsa ba bacha ba tšoanelehang ho kopanela tšebeletsong ena, ho ile ha lokisetsoa kabo e khethehileng ea limakasine ka la 1 May, 1990, e le letsatsi la phomolo. Ho ile ha buelloa hore liphutheho li hlophise tšebeletso ea tšimo hoseng, thapama le mantsiboea le hore malapa kaofela a kopanele tšebeletsong letsatsing leo.

Karabelo e bile e babatsehang! Ka mohlala, Rio de Janeiro, phuthehong ea bahoeletsi ba 125 ho bile le ba 121 tšebeletsong hoseng le ba 118 thapama. Ho ile ha fihleloa tlhōrō e ncha ea naha ea bahoeletsi ba 288 107 khoeling eo, ’me ha tlalehoa limakasine tse fetang 500 000 e le tse tsamaisitsoeng hona letsatsing leo. Ho tloha ka nako eo, matsatsi a mang a khethehileng a limakasine a ’nile a lokisetsoa ka katleho e ntle.

Likopano Tsa Setereke Tsa “Puo e Hloekileng”

Likopano ke bohato ba bohlokoa bophelong ba Lipaki tsa Jehova, ’me tse ling tsa tsena li hopoloa nako e telele ke ba bileng teng ho tsona. Kopano e joalo e ile ea tšoareloa São Paulo ka August 1990. Letsatsing la ho qetela, batho ba fetang 134 000—ba 86 186 ba le Lebaleng la Lipapali la Morumbi ’me ba 48 220 ba le Lebaleng la Lipapali la Pacaembu—ba ile ba mamela puo ea phatlalatsa e ileng ea fanoa ka nako e le ’ngoe ke libui tse peli Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng.” Ba neng ba le teng ke C. W. Barber le A. D. Schroeder, litho tsa Sehlopha se Busang, hammoho le baemeli ba 2350 ba tsoang linaheng tse 14.

Qetellong ea puo ea ho qetela mabaleng ao ka bobeli, baemeli ba ile ba qala ho tsoka lisakatuku tsa bona le lik’hafo. Ba anngoe haholo ke seo ba neng ba se bona, ba bangata ba ile ba lla meokho ea thabo. Lipaki tsa Brazil li ne li le motlotlo hakaakang hore ebe bara le barali babo tsona ba Bakreste ba ne ba tlile ba tsoa linaheng tse ling ho tla kopanela le tsona ketsahalo ee ea bohlokoa!

Lerato le ikhethang le bonahalang har’a bahlanka ba Jehova ke ntlha e khōlō ho thusa batho ba tšepahalang ho khetholla ’nete. (Joh. 13:35) Sena e bile ’nete ka mohlankana e mong le khaitseli ea hae ba neng ba hanyetsa ha ’m’a bona oa mohlolohali a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Moholo e mong o ile a etela lelapa leo ’me a le memela ho ba teng kopanong ea São Paulo ka Sontaha thapama. O ile a ea ba lata esale nako, kaha o ne a lokela ho ea hlokomela mesebetsi ea hae joaloka moithaopi lebaleng leo la lipapali. Ka bobeli ba ile ba khahloa haholo. Ba ile ba bua ka taolo le bohloeki ka lebaleng la lipapali, tsela eo lintho li neng li hlophisitsoe ka eona, e, hape le lerato le tšolohelang ho baemeli ba etileng qetellong. Ba ile ba amohela thuto ea Bibele, ba tsoela pele hantle, ’me ba kolobetsoa le ’mè oa bona. Kajeno, mohlankana eo ke mohlanka ea sebeletsang.

Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele

Lipaki tsa Jehova kaofela, ebang li sa tsoa kolobetsoa kapa ke tse nang le phihlelo e khōloanyane, lia tseba hore ho tela mali a mefuta eohle ke tlhokahalo ea bohlokoa ea Bokreste. (Gen. 9:3, 4; Lik. 21:25) Ka 1984 ho ile ha thehoa likomiti tse ngata tsa baholo ba nang le phihlelo hore li buisane le lingaka le ho ngolisa tse tla hlompha qeto ea mokuli ea ho hana litšelo tsa mali. Tokisetso ena e ile ea fumana matla ka 1991 ha seboka sa machaba sa Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele (HLCs [Hospital Liaison Committees]) se ne se tšoaretsoe São Paulo. Ho ne ho le teng Eugene Rosam le Fred Rusk ba Lefapha la Boitsebiso ba Lipetlele Brooklyn, N.Y., U.S.A. Hape, barab’abo rōna ba bang ba fetang 700 ba bile teng sebokeng sena, ho akarelletsa ba bang bao e leng lingaka kapa babuelli ba molao hammoho le litho tsa li-HLC.

Seboka seo se ile sa bontša hore ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata o larileng ka pele. Likomiti tsena li ne li tla hlophisoa bocha, ’me litho tsa tsona li ne li tla qala ho bua le lingaka le lihlopha tsa bongaka, li hlakisa boemo ba rōna ka tšebeliso ea mali le ho li fa lihlooho tsa saense tse mabapi le ho phekola kantle ho mali. Pakane e ileng ea behoa ka pele ho litho tsa likomiti tsena kamanong ea tsona le lingaka e ne e le “puisano le tšebelisano, eseng khohlano.” Ka mor’a ho hlophisa bocha, palo ea likomiti e ile ea fokotsoa ho tloha ho tse 200 tse nang le litho tse 1200 ho ea ho tse 64 tse nang le litho tse ka bang 350. Ka lebaka leo, ho ne ho e-na le likomiti tse fokolang empa tse hlomeletsoeng hamolemo metseng e meholo e nang le litsi tse khōlō bakeng sa phekolo ea bongaka.

Ka October 1992, ho ne ho e-na le monyetla oa ho nehelana ka puo ka pel’a lingaka tse 1300 tse tsoang linaheng tse fetang 100, kopanong ea XXII International Convention on Blood Transfusion, São Paulo. Bahlophisi ba ketsahalo eo ba ile ba lumella Morali’abo rōna Zelita da Silva Souza, eo e leng setsebi sa mali, ho maneha setšoantšo se seholo se thathamisang lintho tsa bongaka tse 65 tse ka sebelisoang ho e-na le tšelo ea mali. Pedro Catardo le Sergio Antão, ba Bethele, ba ile ba tlaleha: “Qalong, re ne re batla re tšohile hore na re tla amoheloa joang, empa tsela eo lingaka tseo ho kopanoeng le tsona tse fetang 500 li ileng tsa itšoara ka eona e ne e le ntle haholo. Se seng sa libui tse ka sehloohong kopanong eo se ile sa hlahloba setšoantšo seo ka hloko le lihlooho tse bontšitsoeng. Hamorao, puong eo se ileng sa fana ka eona ka holong e khōlō, se ile sa bontša ho tsota boitsebiso ba bohlokoa bo fumanoeng ‘mohloling o sa lebelloang—Lipaki tsa Jehova.’”

Likhoeling tse latelang, ho ile ha nehelanoa ka lipuo ho Regional Councils of Medicine tse 20, ’me tse ngata tsa tsona li ile tsa buella hore ha mathata a amanang le mali a hlaha, lingaka li lokela ho iteanya le HLC ea moo. Lilemong tse ’nè tse fetileng, ho nehelanoe ka lipuo tse joalo tse fetang 600, ’me hona joale ho na le lingaka tse fetang 1900 tse lenaneng tse nang le tšebelisano-’moho.

Ho thahasellisang, lingaka tse ngata tse ananelang melemo ea mefuta e meng ea phekolo e sa sebeliseng mali ea bongaka, li ’nile tsa tšoara liboka Brazil e le hore ho ka buisanoa ka taba ena le ba bang ba tšebetsong ea bongaka. Ba bang ba barab’abo rōna bao e leng lingaka kapa ba sebeletsang e le litho tsa li-HLC ba ’nile ba mengoa. Seboka se joalo pele se ile sa tšoareloa Rio de Janeiro ’me hamorao ea e-ba metseng e meng. Hamorao, Regional Council of Medicine ea Rio de Janeiro e ile ea ntša polelo e khothalletsang ho sebelisa mefuta e meng ea phekolo.

“Ha ke sa Tla Lebala Thapelo Eo”

Li-HLC li tšehelitse barab’abo rōna ba kulang haholo le malapa a bona. Alaide Defendi, pula-maliboho e khethehileng, oa hopola: “Morali’eso o ile a lemala kotsing ea koloi Curitiba, Paraná, ka February 1992. Ngaka e ile ea bolela hore bophelo ba hae bo itšetlehile ka hore a amohele tšelo ea mali. Ke ile ka founela HLC, ’me ka metsotso e 15, barab’abo rōna ba bararo ba apere lisutu ’me ba fasitse lithae ’me ba le mekotlana matsohong, ba fihla sepetlele ’me ba hlahisa likarete tsa bona tsa boitsebahatso ho ngaka eo.”

Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho fetisetsa mokuli eo sepetleleng se seng se bohōle ba lik’hilomithara tse 40. Sehlahisoa se seng se amoheloang ke ba bang ba hanang tšelo ea mali ke erythropoietin, hormone ea maiketsetso e susumetsang moko hore o eketse tlhahiso ea lisele tse khubelu tsa mali, empa ngaka eo e ile ea bolela hore phekolo ena ha e fumanehe Brazil. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba iteanya le setho sa HLC São Paulo se ileng sa romella moriana oo ka sefofane hona letsatsing leo. Morali’abo rōna Defendi o qetella ka ho re: “Ha morali’eso a ne a le boemong bo bobe, setho sa HLC se ile sa lula sepetlele letsatsi lohle, ’me nakong e mpe ka ho fetisisa, se ile sa nkukela ka thōko ’me sa re: ‘A re etse thapelo e eang ho Jehova.’ Ha ke sa tla lebala thapelo eo.”

Ketelo Maralleng le Mek’huk’hung ea Rio

Botumo ba tsona e le batho ba hlileng ba inehetseng ho Molimo bo nolofalelitse Lipaki tsa Rio de Janeiro tse phelang libakeng tseo ho atileng thekiso ea lithethefatsi ho tsona hore li tsoele pele tšebeletsong ea tsona likarolong tsena. Ho na le liphutheho tse ngata libakeng tsena, ’me joalokaha moholo e mong a hlalositse, ha barab’abo rōna ba bolela haholoanyane, lintho li ba molemo. Barab’abo rōna baa tsebahala ho barekisi ba lithethefatsi ’me ha ba ba khathatse. Ho na le maralla a nang le baahi ba fetang 200 000 ba phelang mek’huk’hung. Boholo ba batho bana ha bo amehe lithethefatsing, empa boemo ba bona ba lichelete ha bo ba lumelle hore ba e’o phela ’nģa e ’ngoe.

Moholo e mong ea lulang karolong e ’ngoe ea motse o ile a kena sebakeng seo sa mek’huk’hu a khanna koloi ho ea fana ka puo ea phatlalatsa ho e ’ngoe ea liphutheho tsa moo. Ha a paka koloi ea hae ka pel’a Holo ea ’Muso, ho ile ha hlaha bacha ba babeli ba hlometseng, ba botsa hore na ke mang. Ha a itsebisa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me a bolela hore o tlile ho tla fana ka puo ea Bibele ea phatlalatsa, bacha bao ba ile ba mo bolella hore a tsoele pele a se ke a khathatseha ka koloi ea hae hobane ha ho ea tla e thetsa.

Francisco Duarte, molebeli oa potoloho, oa pheta: “Ka lekhetlo le leng, barekisi ba lithethefatsi ba ile ba tla Holong ea ’Muso qetellong ea seboka ho tla lemosa barab’abo rōna hore ho ne ho tla thunyanoa. ’Na le mosali oa ka re ne re batla re tšohile, empa bahoeletsi ba ’na ba tsoela pele ho ipuela ka tloaelo, ho sa tsotellehe molumo oa lithunya. Ka mor’a nakoana, barekisi ba lithethefatsi ba khutla ho tla bolela hore re ka tsamaea kaha ho thunyana ho felile.”

Hase bohlale hore mang kapa mang ea tsoang ka ntle ho sebaka seo a ’ne a tsamaee a sa felehetsoe ke e mong ea phelang sebakeng seo. Hape hoa hlokahala hore motho a se apare ka tsela e tla hapa tlhokomelo ea masholu. Mor’abo rōna Duarte, le hoja a ne a felehelitsoe ke mohoeletsi oa moo, o ile a emisoa ke monna e mong ea ileng a re o batla oache ea hae. Mor’abo rōna Duarte oa hopola: “Pele ke ne ke nahana hore ke ho tšoaroa poho, empa monna eo a tsoela pele, a re: ‘Kea tseba hore u mopotolohi e mocha, empa haeba u ntse u tsoela pele u sebelisa oache eo e manehiloeng ka khauta, e mong o tla e utsoa, a nahana hore ke khauta. Sebelisa oache ea ka ’me u kenye ea hao ka pokothong.’ E ne e le mor’abo rōna. Ka seo ke ile ka ithuta ho ba hlokolosi haholoanyane.”

Mocha e mong eo e neng e le oa kenke ea barekisi ba lithethefatsi ’me a qalile ho ithuta Bibele o ile a lemoha hore o tla tlameha ho fetola mosebetsi oa hae. Empa joang? O ne a tseba hore haeba e mong a tlohela kenke, ka tloaelo o ne a bolaoa ke metsoalle ea hae e le bohato ba tšireletso—e le hore makunutu a kenke a se ke a senoleloa ba bang. Ho sa tsotellehe sena, mocha enoa o ile a iteta sebete, a rapela Jehova, ’me a ea buisana le moeta-pele oa kenke. Mocha eo o ile a hlalosa hore o ne a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, a bala litemana tse ling tsa Bibele, ’me a bolela hore o sitoa ho tsoela pele le kenke. O ile a fumana hore moeta-pele oa kenke ka boeena o kile a ithuta Bibele nakong e fetileng. Mocha eo o ile a lokolloa ka ntle ho mathata ’me hona joale ke mohoeletsi ea mafolofolo phuthehong.

Bahoeletsi ba 300 000!

Ha ba bacha ba ntse ba kena ka liphuthehong, ho ne ho hlokahala libuka tse eketsehileng tse tla sebelisoa lenaneong la thuto ea Bibele. Mohaho oa rōna oa khatiso o ne o se o ile oa atolosoa, empa re ne re hloka sebaka se eketsehileng bakeng sa lelapa la Bethele, baithaopi bao ba sebetsang lekaleng. Bara ba bang babo rōna ba bacha ba ne ba lula lidometering tse nang le libethe tse 20 e le ’ngoe. Kahoo ka 1990 re ile ra qala mosebetsi mohahong oa tšebeletso le mehahong e meng ea bolulo e robeli e nang le likamore tse 384 kaofela. Kamore ea ho jela le eona e ile ea atolosoa hore e nke batho ba 1500.

Bakeng sa morero ona oa kaho, ho ile ha tla baithaopi ba fetang 1000 ba tsoa likarolong tsohle tsa naha. Ba bang ba ile ba tla libeke tse ’maloa; ba bang, likhoeli. Ba bangata e ne e le litsebi mosebetsing oa bona. (Ba ka bang 130 ba bona hamorao e ile ea e-ba litho tse tsitsitseng tsa lelapa la Bethele.) Ho tloha Feira de Santana, Bahia—bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 2000—ho ile ha tla sehlopha sa barab’abo rōna ba 23 ba tsoang liphuthehong tse fapaneng tse 12. Ba ne ba hirile bese ’me ba tsamaile lihora tse 40 ho tla thusa ka mosebetsi beke e le ’ngoe. Barab’abo rōna ba nang le phihlelo ba 35 ba tsoang linaheng tse ling le bona ba ile ba tla ho tla thusa ka mosebetsi. Thuso ea bohlokoahali hape e ne e le ea bara le barali babo rōna ba makholo ba tsoang liphuthehong tse haufi le Bethele ba neng ba thusa bofelong ba beke.

Ka 1991 palo ea bahoeletsi e ile ea feta 300 000. Keketseho ea ba 100 000 ka lilemo tse ’nè feela! Ka sebele ho ne ho hlokahala mehaho e atolositsoeng.

“Ka Sebele Lea Potlaka”

Tsoelo-pele mosebetsing oa ho etsa barutuoa le eona e ne e hloka libaka tse eketsehileng tsa borapeli. Lilemong tsa pejana, Liholo tsa Likopano li ne li ile tsa hahuoa Salvador, Bahia; Duque de Caxias, Rio de Janeiro; Ribeirão Pires, Cosmópolis le Sertãozinho, São Paulo; le Betim, Minas Gerais. Holo ea Kopano e khōlōhali naheng ena e hahiloe haufi le Vargem Grande Paulista, São Paulo; e ile ea qetoa ho hahuoa ka October 1992. Kapele-pele ka mor’a moo, holo e ’ngoe, e boholo ba ho nka ba 4000, e ile ea phethoa Queimados, Rio de Janeiro. Ka September 1993, Liholo tse ling tse hlano tsa Likopano li ile tsa neheloa ka nako e le ’ngoe Fortaleza, Ceará; Itaboraí, Rio de Janeiro; Quatro Barras, Paraná; Recife, Pernambuco; le Sapucaia do Sul, Rio Grande do Sul. Hona joale, ho sebelisoa Liholo tse 16 tsa Likopano, ’me ho ntse ho etsoa lipolane tsa tse ling tse 5.

Tumellanong le taelo ea Bibele ea ho se tlohele ho bokana ha rōna hammoho, ho boetse ho hlokahala Liholo tse eketsehileng tsa ’Muso ho hlokomela keketseho e khōlō ea ba kang linku. (Baheb. 10:23-25) Ke karolo e le ’ngoe ho tse tharo feela ea liphutheho Brazil e nang le sebaka sa eona sa liboka, ’me lebelo leo ho thehoang liphutheho tse ncha ka lona le phahame haholo ho feta lebelo leo ho hahuoang ka lona. Ntle ho moo, ho ne ho nka lilemo tse tharo ka karolelano ho phetha Holo ea ’Muso e ncha. Kahoo ka 1987 re ile ra qala ho theha Likomiti tsa Kaho tsa Libaka, tse entsoeng ka baholo ba nang le phihlelo mohahong le ba ka thusang lihlopha tsa baholo liphuthehong. Lefapha la Boenjiniere la Bethele le lona le ile la fana ka litlhahiso tse sebetsang.

Ho ile ha nkoa bohato bo bong ba bohlokoa ka 1992 ha lenaneo la ho haha Liholo tsa ’Muso ka potlako le ne le qala. Mohaho oa pele o ne o le Agudos, São Paulo, o e-na le baithaopi ba 200 le sehlopha se tsoang Bethele sa ba 25. Morero oo o ile oa nka libeke tse tharo, empa esale ho tloha ka nako eo, nako e hlokahalang bakeng sa mohaho o joalo e ile ea fokotsoa ho ba matsatsi a 16. Nakong ea selemo sa tšebeletso sa 1995, kakaretso ea Liholo tsa ’Muso tse 129 e ile ea phethoa ’me tsa neheloa tšebeletsong ea Jehova.

Kamehla bashebelli ba makalla lebelo leo mohaho o etsoang ka lona. Qetellong ea beke ea pele ea kaho Holong e ’ngoe ea ’Muso, mosebetsi ea tsoang femeng e neng e entse konteraka ea ho tlisa likhalase tsa lifensetere o ile a makala ha barab’abo rōna ba tsitlallela hore Laboraro le latelang a tl’o li kenya. O ile a re: “Le tlameha le entse phoso. Bekeng e tlang le tla be le e-s’o emise lerako, re se re sa re letho ka ho kenya likhalase tsa lifensetere.” Laboraro a khutla a sa tla le likhalase. Ha a bona mabota a eme ’me a bile a litsoe, liforeime tsa lifensetere li kene, le marulelo a eme—kaofela ka nako e ka tlaase ho beke—o ile a nka hoo e ka bang metsotso e mehlano hore a tsoe ka terakeng ea hae. O ile a lumela, “Ka sebele lea potlaka!” Eaba oa tsamaea o il’o lata likhalase tsa lifensetere.

Monna e mong ea neng a lula haufi le moo ho neng ho hahuoa Holo ea ’Muso, a makalitsoe ke lebelo leo ho hahuoang ka lona, o ile a botsa: “Nka etsa’ng ho le thusa?” Karabelo ea re: “U tlameha ho ithuta Bibele le rōna pele.” Ho ile ha qaloa thuto ea Bibele le eena letsatsing le hlahlamang feela.

Ho Arolelana Molaetsa ka Puo ea Matsoho

Khōlo e potlakileng ha ea fella ka ho hlokomoloha lithōlō kapa lifofu. Ho lebisa tlhokomelo ho tsona ho hlahisitse liphello tse babatsehang. Ka 1992, ho ile ha hlahisoa buka e nang le maqephe a 336, e bitsoang Sign Language, ka Sepotoketsi bakeng sa ho ruta lithōlō puo ea matsoho. Buka ena e kopantse matšoao a sebelisoang har’a Lipaki tsa Jehova Brazil hape e boetse e entse boiteko ba ho tlosa matšoao a thehiloeng likhopolong tsa Babylona. Le leng la ana ke ho tsamaea ha letsoho ho lekisang ho fafatsa—hoo, ha e le hantle, ho sa fetiseng ka nepo khopolo ea kolobetso ea metsing ea Bokreste.

Phutheho ea pele ea lithōlō le ba utloang ka thata e ile ea thehoa Rio de Janeiro ka 1982. Hona joale ho na le liphutheho tse joalo tse tšeletseng le lihlotšoana tse 50 tse nyenyane metseng e sa tšoaneng. Ka 1994, ho ne ho e-na le likopano tse 18 tse nang le lihlopha tsa puo ea matsoho. Ho tse ling tsa tsona, bafetoleli ba ne ba etsisa batšoantšisi. Ka 1996 e bile ka ho bososela ho hoholo ho kopaneng le meokho ea thabo ha Lipaki tsa Brazil tseo e leng lithōlō li amohela video e entsoeng ke Mokhatlo e hlahisang bukana eohle ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka puo ea matsoho. Ke ho molemo hakaakang, kaha ba bangata bao e leng lithōlō ha ba tsebe ho bala empa ba utloisisa puo ea matsoho!

Ho lokelang ho rorisoa ke boithaopo ba barab’abo rōna ba sebeletsang e le baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho liphuthehong tsena. Ho hloka nako, boiteko le mamello ho ithuta puo ea matsoho, empa liphello e bile tse putsang.

“O ile a nkhothatsa kantle le hore a mpone, a nkutloe kapa a bue le ’na.” Ena ke polelo e tloaetseng ho sebelisoa ke ba tsebang Rosemary Varella, morali’abo rōna oa sefofu ebile e le sethōlō ea ’nileng a sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang ka lilemo tse tharo tse fetileng. O hlahile e le sethōlō ’me ka lebaka leo ha aa ka a ithuta ho bua. O ile a foufala butle-butle ’me hona joale ke sefofu ka ho feletseng. O itlhalosa ka puo ea matsoho ’me o lemoha matšoao a etsoang ke ba bang ka ho thetsa matsoho a bona.

Rosemary o ile a lahleheloa ke pono pele a ithuta ’nete, ’me sena se ile sa ama puisano ea hae le monna oa hae haholo. O ile a tepella maikutlo hoo a neng a rera ho ipolaea. Ka nako eo, o ile a kopana le Nilza Carvalho, pula-maliboho e mocha ea neng a tseba puo ea matsoho. Ha a ithuta ka tšepiso ea Molimo ea ho folisa batho mefuta eohle ea ho holofala, o ile a amohela thuto ea Bibele. (Esa. 35:5) Kapele o ile a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho ea batho ba lithōlō São Paulo. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore mofetoleli a lule pel’a hae nakong ea liboka ho mo fetisetsa se hlalosoang sethaleng, a sebelisa mokhoa oa ho hlalosa ka ho mo thetsa. Hamorao, monna oa hae le eena o ile a amohela thuto ea Bibele; a khaotsa ho tsuba, ’me ka bobeli ba ile ba kolobetsoa ka February 1992. Hang ka mor’a hore ba kolobetsoe, e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang ba kamehla. Rosemary o se a khannile lithuto tsa Bibele tse ka bang 20 le batho ba bang ba lithōlō, ka nako e tšoanang a hlokomela mesebetsi ea hae lapeng ha hae.

E le ho thusa batho ba sa boneng, Mokhatlo o ile oa qala ho etsa lingoliloeng ka Braille (Grade one) ea Sepotoketsi ka 1980. Kajeno, lingoliloeng tse ngata tsa Mokhatlo, ho akarelletsa le Bibele le The Watchtower, lia fumaneha ka Braille. Bibele e feletseng ea Braille ea Sepotoketsi e hloka meqolo e 84—hase khatiso e nyenyane! Ho boetse ho entsoe buka ea ho ithuta e le ho thusa ba ratang ho ithuta Braille. Lipalo-palo li bontša hore ho na le batho ba fetang milione Brazil ba nang le bothata ba ho bona.

Komello ka Leboea-Bochabela

Le hoja komello e le bothata bo sa feleng karolong e ka leboea-bochabela ea Brazil, boemo e ne e le bo tebileng haholo-holo ka 1993. Libakeng tse ling pula ha ea ka ea na ka lilemo tse peli. Ba ileng ba ameha ka ho teba ke batho ba phelang libakeng tsa mahaeng ’me ba itšetlehile ka seo ba se kotulang. Mumbaba, Ceará, batho ba ne ba folla metsi motšehare le bosiu selibeng se le seng seo e neng e le sona feela se setseng. Ka lebaka la komello eo, limmaraka tse nyenyane le tse khōlō li ile tsa utsoetsoa litoropong tse ngata. E le ho thusa barab’abo rōna sebakeng seo, liphutheho tse São Paulo, Rio de Janeiro, le Curitiba, li bontša ho fana ka seatla se bulehileng ho tšoanang le ha barab’abo rōna ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo Filippi, li ile tsa romela literaka tse khōlō tse ’nè tse nkileng lithane tse 80 tsa lijo, liaparo le lieta. Kaofela, barab’abo rōna ba litoropong tse 65 ho pholletsa le litereke tse hlano ba ile ba fumana thuso.—Bafil. 4:14-17.

Sebakeng se seng sa tlhahlobo molebeli o ile a botsa mokhanni oa teraka hore na o amohela bokae bakeng sa ho nka leeto le kotsi hakaalo. Le ne le le kotsi ka lebaka la bosholu. Ha a fumana hore mokhanni ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, molebeli eo a re: “Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova feela ea neng a ka etsa sena a sa lefshoe!” Sebakeng se seng sa tlhahlobo sa mebileng, ha mokhanni a re ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, molebeli o ile a mo kōpa hore a hlahise karete ea Advance Medical Directive/Release hammoho le ea motsoalle oa hae. Ka mor’a ho hlahloba likarete tseo, o ile a re ho molebeli e mong: “Ehlile ke Lipaki tsa Jehova. Ba lumelle ba fete.”

Seterekeng sa Paraíba, ha a bona thuso e fanoeng, monna e mong o ile a hlalosa: “Malumeli a mang a bua feela, ha lōna le hlile le etsetsa baahelani ba lōna ho hong.” Le hoja boemo bo ne bo le thata, barab’abo rōna ba ne ba se tsietsing, kaha ba ne ba tšepile hore Jehova o tla ba fa lintho tseo ba li hlokang tsa motheo. Morali’abo rōna e mong o ile a ngola: “Le ke ke la khotsofatsa ho labalabela ha rōna pula, leha e le hore le ka rarolla bothata ba rōna ba ho haelloa ke metsi, empa ka thuso eo le re rometseng eona, le matlafalitse tumelo ea rōna le tšepo ea rōna ea hore ha re bang lefatšeng lena le hore ho na le ba nahanang ka rōna.”—Jak. 2:14-17.

“Malume ho Lipaki Tsa Jehova!”

Likopano ke nako e thabisang haholo ho Lipaki tsa Jehova. Empa ho ka hlaha mathata a sa lebelloang ha likopano li tšoareloa mehahong e sebelisetsoang lipapali. Ho ile ha hlaha boemo bo thata ka 1992 nakong ea Kopano ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” Lebaleng la Lipapali la Pacaembu, São Paulo. Re ne re e-na le tumellano ea ho sebelisa lebala leo la lipapali ka matsatsi a mararo, empa libakeng tse ling liketsahalo tsa lipapali li talingoa e le ntho ea bohlokoahali ho feta ntho leha e le efe. Kahoo, ka Labone thapama—letsatsi pele kopano ea rōna e qala—barab’abo rōna ba ile ba tsebisoa hore ka Sontaha ka 6:00 thapama, ho tla ba le papali ea bolo ea maoto pakeng tsa lithimi tse peli tse ka pele-pele ka har’a naha. Kahoo re ne re tla tlameha ho tsoa ka lebaleng ka 4:00 thapama.

João Fernandes, molebeli oa kopano, oa hopola: “Re ne re se na boikhethelo, le hoja ho ne ho saennoe tumellano. Re ile ra ba le seboka ka Labohlano le barab’abo rōna ba bararo ba tsoang lefapheng le leng le le leng—barab’abo rōna ba 110 kaofela—bakeng sa ho rera mekhoa e potlakileng ea ho qhaqha kopano. Ho ne ho tla hloka tšebelisano e haufi-ufi ea bohle ba amehang eseng feela ho qhaqha thepa empa hape le ho e tsamaisa kantle le ho kena-kenana le batho ba 30 000 ba tsoang ka lebaleng. Sethala le mechine ea lihōlisa-lentsoe li ile tsa qhaqhoa ka metsotso e seng mekae. Thepa e ’ngoe e ile ea isoa mohahong oa khale oa Bethele São Paulo, moo e ileng ea hloekisoa ’me ea bolokoa. Ka 3:45 thapama—nako e ka holimo hanyenyane ho hora ka mor’a hore lenaneo le fele—ho ne ho entsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”

Nakong ea beke ea kopano, liboholi tse ling tsa TV li ne li ile tsa bolela hore Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa khona ho nehelana ka lebala la lipapali ka nako bakeng sa ho fihla ha batšehetsi ba bolo. Phuputsong ea lipapali ka Sontaha, seboholi se seng lebaleng le leng la lipapali se ile sa botsa se leng Lebaleng la Lipapali la Pacaembu: “Lebala la lipapali le joang? Na batho bale ba bolumeli ba phethahalitse tšepiso ea bona ’me ba hlekeha lebaleng ka nako?” Karabelo e bile: “E, ho joalo! Ha baa ka ba khutlisetsa lebala leo ka nako feela empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e hloekile. E bile ho thabisang ho bona eseng feela matloana a hloekisitsoe empa le litulo li fietsoe. Malume ho Lipaki tsa Jehova!”

Likopano Tse Nyenyane Libakeng Tse ka Thōko

Sebakeng sa Amazon, ho na le lihlopha tse ling tse ka thōko le malapa ka bomong ao ho ’ona sebaka sa ho ea metseng ea kopano se leng hōle haholo. Mokhoa feela oa ho tsamaea ho bona ke ka sefofane, se lefelloang haboima haholo, kapa ka seketsoana, se tsamaeang butle haholo. Kahoo bahoeletsi bana ka kakaretso ba ne ba sa khone ho ea likopanong tsa setereke kapa tse nyenyane. Sena e bile ’nete ka barab’abo rōna ba Tabatinga, Amazonas, e ka bang lik’hilomithara tse 1600 ho tloha motseng o haufi oa kopano, Manaus.

Ka lebaka la bothata bona, ho ile ha etsoa litokisetso ka 1990 bakeng sa likarolo tse khutsufalitsoeng tsa lenaneo la kopano hore li nehelanoe nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho. Tokisetso ena e tsoela pele bakeng sa barab’abo rōna litoropong tse hlano lipotolohong tse tharo tse sa tšoaneng. Lihlopha tsa ba ka bang 50 kapa mohlomong ba 180 li bokana Holong ea ’Muso, haeba sehlopha se e-na le eona, kapa holong ea sechaba.

“Joale Nka ba Pula-maliboho, na ha ho Joalo?”

Kananelo bakeng sa lintho tsa moea e bontšoang ke ba bang ba itlhahisang hore ba kolobetsoe ka sebele ke e thabisang. Ka 1993 kopanong e nyenyane Tefé, sebakeng sa Amazon, Públio Cavalcante, molebeli oa potoloho, o ile a hlokomela hore e mong oa ba lutseng sebakeng se boloketsoeng ba eang kolobetsong e ne e le mohlankana eo a neng a qala ho mo bona. Kaha ho na le barab’abo rōna ba fokolang sebakeng seo, molebeli oa potoloho hangata o ba tseba kaofela ha bona ka boeena. O ile a botsa baholo hore na mohlankana eo o lutse moo ka phoso. Ba hlalosa: ‘Che. O lula bohōle ba lihora tse 35 ho isa ho tse 40 ka seketsoana ho tloha mona. O ithutile ’nete ka ngollano. Likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng, pula-maliboho ea khethehileng o ne a mo etela—Juruá—’me a lule moo nako e ka etsang khoeli.’

Hamorao molebeli oa potoloho o ile a ea buisana le mocha enoa ’me ha ba ntse ba qoqa o ile a mo botsa hore na o kile a khanna lithuto leha e le life tsa Bibele. ‘E, ke na le lithuto tse 11. Se seng sa liithuti tsa ka tsa Bibele ke sane,’ a arabela, a supa mohlankana e mong ea lutseng har’a bamameli. Ha ba ntse ba tsoela pele ba bua, o ile a supa bacha ba bang ba babeli bao a ithutang le bona. Liithuti li ne li itefeletse leeto ’me li tsamaile lihora tse fetang 35 hore li tl’o ba teng kopanong le ho ba teng ha motsoalle oa tsona a kolobetsoa. Ka mor’a hore a kolobetsoe letsatsing leo, mocha eo o ile a botsa pula-maliboho ea khethehileng: “Joale nka ba pula-maliboho, na ha ho joalo?” Ho tla fihlela nakong eo, ho ne ho se liboka tse tšoareloang sebakeng seo, empa joale kaha mohoeletsi enoa o kolobelitsoe, pula-maliboho ea khethehileng o rera ho mo koetlisetsa ho khanna liboka.

Ho Bolela Libakeng Tse Sebetsoang Seoelo

Lipaki tsa Jehova ha li na boikutlo ba hore hafeela li na le karolo tšebeletsong ea tšimo, ke sohle se hlokahalang. Lia hlokomela hore e mong le e mong o hloka monyetla oa ho utloa litaba tse molemo. Ho na le litoropo tse ngata Brazil tse sa abeloang phutheho leha e le efe le tse sebetsoang seoelo. Hangata, tsena ke litorotsoana, tse ka thōko kapa tseo ho leng thata ho fihla ho tsona. Phuputso e entsoeng ka 1990 e ile ea bontša hore ho na le batho ba 4000 000 ba phelang tšimong e sa abuoang le ba 9000000 ba phelang tšimong e ’ngoe e sebetsoang seoelo. Ho ile ha qala phutuho e khethehileng selemong seo hore ho kopanoe le ba bang ba batho bana. Bahoeletsi ba fetang 2000 ba ile ba kopanela, ba sebetsa litoropong tse 177 tseo pele e neng e le tse sa abuoang. Hamorao, malapa a ka bang 30 a ile a fallela ho tse ling tsa litoropo tsena e le hore a ka sebeletsa e le khubu ea liphutheho tse ncha.

Khaello ea lichelete hase bothata bo ke keng ba hlōloa ho Lipaki ha ho tluoa tabeng ea ho kopanela tšebetso e joalo. Baholo ba liphutheho tse ’nè Sobral, Ceará, ho se seng sa libaka tse omeletseng ka ho fetisisa le tse futsanehileng ka ho fetisisa Brazil, ba ile ba kopana hammoho ka September 1993 mabapi le ho etsa qeto ea hore na litoropo tse itseng li tla sebetsoa joang kamehla. Ba ne ba abetsoe litoropo tse leshome tseo, ho tla fihlela ka nako eo, li neng li sebelitsoe feela ka ho tlobokoa. Kemiso ea libese tse eang libakeng tsena e ne e thatafaletsa bahoeletsi ho tsamaea.

Litoropo tsena li ne li le bohōle ba lik’hilomithara tse 130 ho tloha Sobral, kahoo baholo ba ile ba etsa qeto ea ho reka vene e sebelisitsoeng ho lumella bahoeletsi hore ba ee tšimong letsatsi le leng le le leng. Ba ne ba ka tsamaea hoseng ’me ba khutla bosiu. Ha li tsebisoa qeto ena, liphutheho li ile tsa romela menehelo bakeng sa vene eo. Wilson P. Dias, e mong oa baholo ba neng ba ameha, o ile a ngola: “Ho rekoa ha koloi eo e ne e se ka lebaka la monehelo o moholo o ntšitsoeng moo, empa e ne e le ka boiteko ba bohle.” Mor’abo rōna e mong o ile a ngola: “Liphutheho li ile tsa etsa monehelo oa R8700, mor’abo rōna e mong ea tsoang Engelane le eena o ile a nehelana ka bokaalo, ’me e setseng ea lefshoa ka liqonoana-qonoana.”

Bahoeletsi ba fetang 50 le bo-pula-maliboho ba kopanela tokisetsong ena, e mong le e mong a tsamaea ka letsatsi le itseng la beke. Ka tsela ena ba finyella baahi ba ka bang 110 000. Ba khonne ho thusa batho ba bangata hore e be baboleli ba ’Muso ’me ba tsosolositse ba bang. Hona joale ho tšoaroa liboka kamehla litoropong tse ’nè.

Mathoasong a 1995 ho ile ha etsoa tlhahiso ea tokisetso e ’ngoe, e hokahantsoe ke ofisi ea lekala ea Brazil, e le mokhoa oa ho finyella le ho hlokomela batho ba phelang tšimong e sa abuoang kapa e hōle. Liphutheho tse itseng li ile tsa lokisetsa ho lefella litšenyehelo tsa bo-pula-maliboho ba kamehla ba neng ba ka rata ho sebetsa likhoeli tse tšeletseng libakeng tse joalo. Liphutheho tse ngata li latetse mohlala oa tsona, ’me liphello e ’nile ea e-ba tse khothatsang haholo. Ho tla fihlela kajeno, bo-pula-maliboho ba kamehla ba fetang 340 ba abetsoe ho sebeletsa litoropong tse 350, moo ba seng ba thusitse batho ba fetang 300 ho ba bahoeletsi.

Ka nako e tšoanang, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nako eohle le ba nakoana ba 1400 ba etsa mosebetsi o motle o moholo. Ba bangata ba bona ba abetsoe ho sebetsa le liphutheho tseo ho tsona ho haellang barab’abo rōna ba nang le phihlelo. Ka mohlala, Rio Branco, Acre, e ’ngoe ea liphutheho e na le moholo a le mong feela oa moo, kantle ho pula-maliboho ea khethehileng, hore a hlokomele litlhoko tsa bahoeletsi ba 90. Leha ho le joalo, boholo ba bo-pula-maliboho ba khethehileng bo sebeletsa litorotsoaneng tseo ho tsona ho se nang liphutheho, ’me ke ho thabisang ho bona mosebetsi o motle o etsoang.

Barab’abo rōna ba tsoang metseng e meholo le bona ba ’nile ba phetha karolo ea bona ka ho sebetsa tšimo e hōle le e sa sebetsoeng kamehla. Ka lilemo tse robong tse latellanang, ba Rio de Janeiro ba ile ba hlophisa lihlopha ho ea sebetsa tšimo e joalo ka libeke tse seng kae. Haufinyane tjena sehlopha sa bara le barali babo rōna ba 68 se ile sa sebetsa metse e 20 Paraná, se tsamaea lik’hilomithara tse ka holimo ho 2500 ka matsatsi a 17. Georges Ghazi, e mong oa bahlophisi ba sehlopha seo, o re ntho feela eo ba ikoahlaelang eona ke hore ebe maeto ana a ho paka ha aa ka a qala pejana.

Matlo a Ikhethang a Bolulo a Hahiloeng ka Jareteng e le ’Ngoe

Batho ba phelang tšimong e sa abuoang hase bona feela bao ho leng thata ho fihla ho bona. Ho na le batho ba bangata metseng e meholo ba khethang ho phela libakeng tse ikhethang, matlong a bolulo a hahiloeng jareteng e le ’ngoe, le mehahong ea lifolete tse fanang ka tšireletseho khahlanong le bokebekoa. Ho fihla ho batho bana ho thata empa hase ho ke keng ha etsoa. Banyalani ba bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka nako e itseng ka bo-1980 ba ile ba fallela ho o mong oa mehaho ena haufi le São Paulo. Ba ile ba o talima e le tšimo ea bona. ’Mè eo oa hopola: “Ha ke ne ke e-ea mabenkeleng kapa bankeng kapa ke il’o lata bana sekolong, kamehla ke ne ke e-ea ke itokiselitse ho ea kopana le baahelani ba rōna.” Hamorao o ile a ba etela ka bohlale ka ho latellana.

Sebokeng se seng sa batsoali ba bana ba sekolo, ’mè e mong o ile a bolella morali’abo rōna hore mora oa hae o na le bothata ba ho tsepamisa maikutlo nthong e itseng. Morali’abo rōna o ile a mo isetsa sehlooho sa makasine ea Tsoha! se sebetsanang le bothata boo, ’me sena se ile sa lebisa thutong ea Bibele. Qetellong, mofumahali eo le barali ba hae ba babeli ba ile ba kolobetsoa. Moahelani e mong o ile a kōpa morali’abo rōna hore na o ne a ka rata ho sebetsa le eena bakeng sa ho bokella lijo bakeng sa batho ba hlokang. Morali’abo rōna o ile a mo bolella hore o se a ntse a kopanela ho thuseng batho tikolohong ea habo, ’me a hlalosa tokisetso ea lithuto tsa lehae tsa Bibele. Mofumahali eo, monna oa hae le mora oa bona ea lilemo li 18 ba ile ba qala ho ithuta ’me ba qetella ba kolobelitsoe.

Mofumahali e mong le barali ba hae ba bararo ba baroetsana ba ile ba amohela thuto ea Bibele. Monna o ile a hanyetsa, le hoja a ne a inka e le motho oa bolumeli. E mong oa barali a etsa tlhahiso ea hore a ee sebokeng ho ea batlisisa taba ena ka boeena, ’me a lumela. Matsatsi a seng makae hamorao, morali’abo rōna o ile a memela lelapa leo lijong tsa motšehare lapeng ha hae, ’me la tla. Ho makaleng ha e mong le e mong, monna o ile a hlalosa ka seboka seo a bileng ho sona. Hamorao, o ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele. Kajeno, kaofela lelapeng leo ba sebeletsa Jehova.

Ba bang le bona ba ithutile. Ka lebaka leo, ka November 1991 ho ile ha thehoa phutheho e neng e entsoe ka ho feletseng ka batho ba phelang matlong ao a bolulo. Ho na le bahoeletsi ba 46, ’me batho ba 80 ba bile teng Sehopotsong ka 1995. Kahoo ’nete ea Lentsoe la Molimo e ka phunyelletsa le libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona.

Bahoeletsi ba 400 000 le ba Eketsehileng ba Tlang!

Hoo e ka bang lilemo tse 100 tse fetileng, peō ea ’nete ea Bibele e ile ea fihla Brazil ka lekhetlo la pele ka poso. Ka mor’a lilemo tse ka bang 25, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho fetolela lingoliloeng tsa Watch Tower Sepotoketsing kamehla Brazil le ho li hatisa Rio de Janeiro. Ka nako ea lilemo tse 25 tse latelang, batho ba ka bang 1000 Brazil ba ile ba fetoha Lipaki tsa Jehova ’me ba qala ho kopanela kamehla ho haseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho ba bang. Empa ka April 1995, palo eo e ne e eketsehile ho ba bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 400 000! Na ho ne ho sa na le ho eketsehileng ho lokelang ho etsoa?

Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore molaetsa oa ’Muso o ne o tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona” pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:14) Hoo ho finyeletsoe ho isa bohōleng bofe Brazil? Liboka tsa pele Brazil tse neng li tšoaroa ke Lipaki tsa Jehova (tse neng li tsejoa e le Liithuti tsa Bibele ka nako eo) li ne li akarelletsa tse neng li le São Paulo le Rio de Janeiro. Kajeno, libakeng tseo ho na le liphutheho tse ngata tse tlalang batho ba ratang Jehova le ba mo sebeletsang. Motse-moholo São Paulo, hona joale ho na le liphutheho tse 837; Rio de Janeiro, tse 539; ’me Salvador e na le tse 276. Ho pholletsa le naha, ho na le liphutheho tse ka holimo ho 6650, tse entsoeng ka Lipaki tsa Jehova tse chesehang. Batho ba bangata ba metse ena ba na le monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso khafetsa—libakeng tse ling, beke e ’ngoe le e ’ngoe.

Litorotsoaneng le libakeng tse ka thōko, hase e mong le e mong ea eteloang hangata hakaalo. Ho na le litorotsoana tse ka bang 350 (tse nang le baahi ba hakanngoang ho ba ba 1500 000) hammoho le libaka tse khōlō tse ka thōko tse sa abeloang phutheho leha e le efe. Ha ho na bopaki bo etsoang kamehla libakeng tsena, le hoja ho etsoa boiteko ba ho li finyella hang ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng.

Na batho ba eketsehileng—ebang ba metseng e meholo kapa libakeng tse ka thōko—ba ka thusoa ho ananela bohlokoa ba molaetsa oa Bibele? Ka boiteko ba ho ba finyella lipelo, ka April le May 1995, ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng ba ho kopana le ba bangata kamoo ho ka khonehang le ho ba fa pampitšana e reng Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Tletse Mathata Hakaale? Ho ne ho ile ha hatisoa likopi tse fetang 34 000 000 ’me tsa romeloa liphuthehong bakeng sa ho abuoa. Monna e mong, ha a fumana kopi o ile a re: ‘Ke ile ka ipotsa eona potso eo hoseng hona ’me ka bua le ba bang ka eona.’ Mofumahali e mong a re: ‘Ke ’nile ka ipotsa potso eo lilemo tse ngata, empa ha ho mohla nkileng ka nahana hore ho tla ba le karabelo.’ E mong o ile a ngolla Mokhatlo, a re: “Ke ile ka rata pampitšana eo haholo hoo ke kōpang thuto ea Bibele. Ke leboha haholo.”

Lipaki tsa Jehova Brazil ha li ikutloe eka mosebetsi oa tsona o felile le hore ha ho letho le leng le ka etsoang ho utloa taelo ea Jesu ea boprofeta ea ho fana ka bopaki ka ’Muso. Esita le libakeng tseo ho tsona Lipaki li etelang khafetsa, lia hlokomela hore batho ba bangata ha ba eo malapeng. E ka ’na eaba batho baa sebetsa, baa reka, kapa ba etile, kapa e ka ’na eaba ba liehile ho tsoha hore ba fumane matla a macha bakeng sa beke e ka pele. Lipaki li tsotella batho bana. E le ho sebetsana le boemo bona, molebeli e mong oa potoloho Porto Alegre, Rio Grande do Sul, o ile a sebelisa leqheka lena: O ile a hlokomela hore matsatsing a mariha a batang, batho ba bangata ba ne ba lieha ho tsoha hobane bethe ke sona sebaka se mofuthu seo u ka bang ho sona. Molebeli enoa le motsoalle oa hae ba ne ba tsamaea ba kokota feela matlong ao ho bonahalang eka ho se ho tsohiloe ho ’ona. Ba ile ba potoloha matlo a tikolohong eo ka makhetlo a robong, ’me nako le nako ba ne ba fumana batho ba bang ba tsohileng. Ba ile ba khona ho tsamaisa libuka lapeng le leng le le leng, kahoo ba bula tsela ea maeto a ho boela.

Ho na le batho ba bangata Brazil ba thahasellang Lentsoe la Molimo, ’me Lipaki tsa Jehova li labalabela ho ba thusa ho le utloisisa le ho ithuta mokhoa oa ho le sebelisa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Hona joale, kamehla Lipaki li khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse fetang 500 000 le batho ka bomong le lihlopha tsa malapa. ’Me ho tloha ka 1995, li sebelisa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, Lipaki tsa Jehova li ile tsa thakhola lenaneo le reretsoeng ho thusa batho ba sekametseng ho lokeng ho ithuta lithuto tsa motheo tsa Bibele ka potlako ho feta le nakong e fetileng. Ho phaella ho ba amohelang thuso e joalo, ba limilione ba bang ho pholletsa le naha ka thabo ba amohela lingoliloeng tsa Bibele tse ajoang ke Lipaki, joalokaha ho bontšoa ke ’nete ea hore ho ile ha tsamaisoa libuka tse 2334 630, limakasine tse 21 168 979 le libukana tse 2787 032 selemong sa tšebeletso sa 1996.

Tšimo ea thahasello ea puso ea Molimo ea bara le barali babo rōna ba Brazil e tšela meeli ea Brazil. Bo-pula-maliboho ba bangata ba tsoang mona ba ile ba fallela ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane linaheng tseo ho tsona bopaki bo e-song ho atolohele ka matla. Ho tloha lekaleng le Cesário Lange, ho fanoa ka lingoliloeng tsa Bibele bakeng sa ho sebelisoa ho boleleng litaba tse molemo eseng feela Brazil empa hape le Angola, Argentina, Bolivia, Jeremane, Mozambique, Paraguay, Portugal le Uruguay. Ho sa tsotellehe mosebetsi o entsoeng nakong e fetileng, ho bonahala eka lebelo le tsoela pele ho eketseha selemo le selemo.

E Bile Thabo!

Ka sebele, ho amehile mosebetsi o moholo ho fana ka bopaki ho pholletsa le Brazil. Empa e bile mosebetsi o thabisang! E, kantle ho linako tse monate, ho boetse ho bile le linako tse thata. Empa lipelo tsa rōna li thabisitsoe ke ha re bona ka mahlo a rōna bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova tšebetsong ea bahlanka ba hae ba tšepahalang.

Erich Kattner o ntse a hopola hore morao koo ka 1939 le 1940, ha a ntse a paka libakeng tsa mahaeng tsa Brazil, hangata o ne a ee a robale ka ntle, a samme mokotlana oa hae oa libuka. Ka nako eo ho ne ho sa na le Lipaki tse makholo a seng makae feela ho pholletsa le naha. Ke ba fokolang haholo bao a ileng a ba etela ba neng ba e-na le Bibele. E le hore a fumane Libibele tseo a ka li abelang batho ba thahasellang, o ne a ee a ee lebenkeleng la moo la libuka la Mokhatlo oa Bibele, empa ka mor’a nako ba ne ba se ba hana ho mo rekisetsa Libibele. Leha ho le joalo, o re: “Ke bile le monyaka le tokelo ea ho ba teng Kopanong ea ‘Litaba tse Molemo tse sa Feleng’ New York City ka 1963, ha ho ne ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka lipuo tse tšeletseng, ho akarelletsa le Sepotoketsi. Ka ho khetheha ke ile ka leboha Jehova ha ke e fumana ka Sepotoketsi, kaha ke ne ke tla khona ho e sebelisa kabelong ea ka Brazil.” Ho tloha ka 1967 New World Translation e feletseng, ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo, e ’nile ea fumaneha ka Sepotoketsi. E bile tlhohonolofatso e kaakang mosebetsing oa thuto ea Bibele Brazil! Palo ea barorisi ba mafolofolo ba Jehova Brazil e eketsehile ho tloha ho ba 30 118 ka 1963 ho ea ho ba fetang 436000 ka 1996.

Augusto Machado o motlotlo ka thuso eo a e filoeng ke e mong oa baromuoa ba pele ba ileng ba romeloa Brazil. O boetse o hopola kopano ea pele ea Lipaki tsa Jehova eo a bileng ho eona. E ne e le Rio de Janeiro. Ho ne ho le teng N. H. Knorr le M. G. Henschel, ba e-tsoa New York. Ba bileng teng e bile feela ba 1064. E ’ngoe ea lipuo e ne e e-na le sehlooho se reng “Tsela e Babatsehang ka ho Fetisisa ea Lerato.” Mor’abo rōna Machado o re: “Joale ka 1958, ke ile ka ba le tokelo ea ho ba har’a matšoele a 253 922 a ileng a e-ba teng kopanong ea machaba ea matsatsi a robeli New York. Moea o tšoanang oa lerato o ile oa phunyeletsa likopano tseo ka bobeli. . . . Ke ile ka khutla New York ke kholisehile haholoanyane ho feta pele hore batho ba Jehova, ba lokolohile karohanong ea meloko le merabe, ba etsa mosebetsi oa thuto ea Bibele lefatšeng ka bophara oo ho seng o lekanang le oona historing.”

Ka 1985 o ile a bona bopaki bo tsotehang ba seo mosebetsi oo oa thuto ea Bibele o se finyeletseng Brazil. O ile a ba le tokelo ea ho bua kopanong e ’ngoe ea machaba e neng e tšoaretsoe São Paulo le Rio de Janeiro ka nako e le ’ngoe. Ba bileng teng kaofela e bile ba ka bang 250 000, boholo ba bona ba tsoa Brazil. ’Me lilemo tse leshome hamorao, ha liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ho pholletsa le Brazil li ne li kopane ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste, batho ba fetang 1144 000 ba ne ba le teng.

Bahlanka bohle ba inehetseng ba Jehova kajeno ba na le mabaka a mangata a ho ba ba thabileng ho sa tsotellehe linako tse thata tseo re phelang ho tsona. Lipelo tsa rōna li ameha ka ho teba ha re thuisa ka seo Molimo a seng a se entse le ka seo a se tšepisitseng bakeng sa nako e tlang. “Tse lakatsehang” tse tsoang lichabeng tsohle, ho akarelletsa le Brazil, li bokelleloa ntlong ea hae ea moea ea borapeli. (Hag. 2:7) Joalokaha Pesaleme ea 144:15 ka botšepehi e bolela: “Ho [thaba, NW] sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona!”

[Setšoantšo se leqepheng la 167]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

São Paulo

Rio de Janeiro

Manaus

Belém

Salvador

Recife

Cesário Lange

Fortaleza

Nōka ea Amazon

AMAZONAS

MATO GROSSO

RIO GRANDE DO SUL

[Litšoantšo]

1. Lebōpo la leoatle Recife

2. Rio de Janeiro

3. Meru ea lipula ea Amazon

4. Ho paka Amazon

5. Ofisi ea lekala, Cesário Lange

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 124]

[Setšoantšo se leqepheng la 126]

Alston le Maude Yuille ba ile ba ea sebetsa Brazil ka 1936

[Setšoantšo se leqepheng la 126]

Charles Leathco, oa sehlopha sa pele sa Gileade, o ntse a sebeletsa Bethele, Brazil

[Litšoantšo tse leqepheng la 133]

Mochine o hatisang oa “rotary letterpress” o ileng oa sebetsa São Paulo ka 1973

[Litšoantšo tse leqepheng la 134]

Kopanong ea “Tlhōlo ea Bomolimo” São Paulo, baeti ba ile ba bona litholoana tse thabisang tsa bopaki ba bona bo kopaneng

[Setšoantšo se leqepheng la 142]

“Assembly Park” e ruletsoeng kammoho Salvador

[Setšoantšo se leqepheng la 145]

Komiti ea Lekala (ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona): Massasue Kikuta, Karl Rietz, Amaro Santos, Östen Gustavsson, Augusto Machado, Fred Wilson

[Litšoantšo tse leqepheng la 150]

Nehelanong ea lekala ka 1981, Lloyd Barry o ile a khothatsa: ‘Lebisang tlhokomelo ea lōna e sa thekeseleng boboleling ba litaba tse molemo’

[Setšoantšo se leqepheng la 156]

Ba fetang 39 000 ba koetlisitsoe Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Ho bontšitsoe sehlopha sa Sorocaba, São Paulo

[Setšoantšo se leqepheng la 158]

Baromuoa le baithuti ba bang ba Gileade ba tšebeletsong ea nako e tletseng, le balekane ba bona, nakong ea ketelo ea molebeli oa libaka ka 1996

[Litšoantšo tse leqepheng la 162]

Mechine e hatisang ea “rotary offset” le MEPS e ne e le lithulusi tsa bohlokoa bakeng sa ho finyella lingoliloeng tse hatisoang ka nako e le ’ngoe

[Setšoantšo se leqepheng la 170]

Seketsoana se neng se sebelisoa molomong oa Nōka ea Amazon bakeng sa ho bolela litaba tse molemo

[Setšoantšo se leqepheng la 175]

Baithaopi ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba thusa Lipaki tsa moo ho haha mehaho ea lekala; ba bontšitsoeng mona ke ba ha Harley (ka holimo) le ba ha Colwell

[Litšoantšo tse leqepheng la 176, 177]

Mehaho ea lekala hona joale e sebelisetsoa ho hokahanya tšebetso ea Lipaki tse fetang 430 000 Brazil

[Litšoantšo tse leqepheng la 192]

Hona joale Liholo tsa Likopano tse 16 li sebeletsa se hlokoang ke Lipaki tsa Jehova Brazil

[Litšoantšo tse leqepheng la 193]

Ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng. Mekhoa ea ho haha ka potlako e thusa ho khahlametsa tlhoko eo

[Setšoantšo se leqepheng la 194]

Liphutheho tse ling li fana ka thuso e khethehileng ho bao e leng lithōlō

[Litšoantšo tse leqepheng la 205]

Erich Kattner o ile a thabela ho bona “New World Translation” e fumaneha ka Sepotoketsi

[Setšoantšo se leqepheng la 207]

Augusto Machado o bone bopaki bo tsotehang ba liphello tsa thuto ea Bibele Brazil

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela