Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb98 maq. 43-64
  • Tlaleho ea Lefaše ka Bophara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlaleho ea Lefaše ka Bophara
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
  • Lihloohoana
  • Ho Khantša Leseli
  • Mesebetsi e Metle e Behoa Pepeneneng
  • Liphallelo Tsa Koluoa
  • Ho Ntlafatsa Bophelo ba Lelapa
  • Linnete ka Polao e Sehlōhō
  • Ho Nka Bohato ba Pele
  • Afrika
  • Asia Le Lihlekehleke Tsa Pacific
  • Europe
  • Linaha Tsa Amerika
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
yb98 maq. 43-64

Tlaleho ea Lefaše ka Bophara

Ho Khantša Leseli

E ’ngoe ea limakatso tse supileng tsa lefatše la boholo-holo, Ntlo e Qhooeng ea Leseli ea Alexandria, e ne e eme e hlaheletse sehlekehlekeng sa Pharos koung ea Alexandria, Egepeta. Ka lilemo tse ka bang tse 1500, mohloli oa leseli lena o ile oa tataisa ba tsamaeang leoatleng ho ea moo ho sireletsehileng.

Leha ho le joalo, mohloli oa leseli la bohlokoahali ho feta o ile oa fumanoa ha Jesu Kreste a ne a re: “Ke ’na leseli la lefatše.” (Joh. 8:12) Ka ho fana ka leseli la moea mabapi le merero ea Molimo, o ile a ruta batho hore na ba phele joang le mokhoa oa ho fumana bophelo bo sa feleng, ’me seo a ileng a se ruta se ntse se tsoela pele ho ba tšusumetso e matla e molemo ho tla fihlela le mehleng ea rōna. Ho feta moo, o ile a laela barutuoa ba hae mabapi le boikarabelo ba bona, a re: “Le leseli la lefatše.” Na ba ne ba lokela ho aba leseli la moea ka hore feela ba bue le ba bang? Jesu o ile a phaella: “Leseli la lōna a le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntate oa lōna ea leng maholimong.”—Mat. 5:14-16.

Ba bangata lefatšeng ba nka Lipaki tsa Jehova e le batho ba bolokang molao, ba ratang malapa le ba nang le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro le ba bolelang molaetsa oa Lentsoe la Molimo ka mafolofolo. Leha ho le joalo, ho boetse ho na le batho ba hanyetsang mosebetsi oa rōna le ba tlang ho etsa sohle se matleng a bona ho senya botumo ba batho ba Jehova le ho thibela boiteko ba rōna ba ho khantša leseli. Ba etsa sena ka ho fa ba boholong mebusong le ba mecha ea litaba boitsebiso bo sa nepahalang, ba leshano le bo nyelisang ka Lipaki tsa Jehova. Ka boiteko ba ho lokisa tšenyo e joalo ea lebitso, ka February 1997 Sehlopha se Busang se ile sa amohela ho thehoa ha Ofisi ea Litaba Sechabeng, tlas’a bolebeli ba Komiti e Ngolang. Mafapha a boitsebiso ka kakaretso a ’nile a sebetsa liofising tsa makala tsa Mokhatlo.

Mesebetsi e Metle e Behoa Pepeneneng

Sepheo sa tokisetso ena ke ho nka bohato ka mathata a lebeletsoeng ka ho fa ba mecha ea litaba, ba thuto le ba boholong mebusong hammoho le sechaba ka kakaretso pono e nepahetseng ka litumelo tsa rōna le mesebetsi ea rōna. Ena hase tokisetso eo Lipaki tsa Jehova li ithorisang ka eona. Li hlompha Jehova; ’me ka tekanyo e itseng li etsa sena ka ho etsa hore batho ba bone mesebetsi ea tsona e metle, e bonahatsang litekanyetso tsa Jehova tse phahameng.—1 Bakor. 1:31.

Kaha ba latela melao-motheo ea Bibele, batho ba Jehova ka bomong le ha e le sehlopha, ke letlotlo metseng eo ba phelang ho eona. Mesebetsi ea phatlalatsa ea Lipaki tsa Jehova e akarelletsa ho fetang feela mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ntlo le ntlo o tsebahalang haholo. Ha batho ka bomong ba litsebi le mekhatlo ba tloaelana le mesebetsi ea rōna e metle, ha ho pelaelo hore mohlomong ba tla ba le boikutlo bo botle ha ho kopanoa le bona tšebeletsong ea tšimo.

Liphallelo Tsa Koluoa

Tsela e ’ngoe eo ka eona re bontšang boikutlo bo molemo phatlalatsa ho baahelani ba rōna ke ka ho ameha ha rōna ka mafolofolo mesebetsing ea liphallelo linakong tsa likoluoa. Ka mohlala, ho batho ba Democratic Republic of Congo (eo e neng e le Zaire pele), sehlopha seo kaofela ha sona e neng e le Lipaki tsa Jehova se ile sa hlophisa lithuso tsa botho ka 1997. Ka thuso ea Lipaki tsa Jehova tse likete-kete Belgium, Fora, le Switzerland, baphaphathehi ba ile ba fuoa lithane-thane tsa lijo, liaparo, lihlahisoa tsa livithamine le meriana, hammoho le lipara tse 18 500 tsa lieta le likobo tse 1000, tseo kaofela li ileng tsa tlisoa Afrika ka sefofane. Ka kakaretso thepa eo e ne e le ea boleng ba liranta tse ka bang limilione tse 4,6. Thepa ena e ile ea romeloa ka ho khetheha e le mpho ho Lipaki tsa Jehova, empa e ile ea boetse ea aroleloa ba bang.—Bagal. 6:10.

Lekala la Fora le ile la thusoa ho hlophisa bukana e nang le boitsebiso bo buang ka mosebetsi ona. Bukana ena e ile ea abeloa ba boholong ’musong le litho tsa mecha ea litaba, ho ba tloaelanya le mehlala ea seo Lipaki tsa Jehova li se etsang ka tsela e molemo le e sebetsang ho thusa batho ba hlokang. Ba bangata ba boholong ba ile ba bontša kananelo e tebileng bakeng sa boitsebiso bona. Ba ile ba khahloa ka ho khetheha ke se entsoeng ho tiisa hore thepa eo e amoheloa ke ba e hlokang le hore e ne e tla ajoa ka mokhoa o nang le toka.

Ho Ntlafatsa Bophelo ba Lelapa

Ho qhalana ha bophelo ba lelapa ho imetsa mekhatlo ea ’muso ’me ba boholong ba sebetsanang le sechaba ba amehile ka hona. Pele buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa e ajoa ka ho pharaletseng, ho ile ha etsoa boiteko bo kopanetsoeng ke Lipaki tsa Jehova tse Finland hore li iteanye ka seqo le babusi ba tsamaiso ba litereke, bo-ramotse, babusi ba ’masepala, liofisiri tsa boahisane le bahlophisi ba likoranta e le hore li ka hlalosa seo Lipaki tsa Jehova li se etsang le kamoo buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa e ka thusang malapa kateng. Ka lebaka leo, likoranta tse ka bang 120 li ile tsa ngola lihlooho tse ntle ka taba ena. Hoo e ka bang bo-rametse kaofela le liofisiri tse ling ba ile ba amohela kopi ea buka eo ’me ba tšepisa hore ba tla itloaelanya le eona.

Motseng o mong Lithuania moo ho nang le sehlotšoana feela sa bahoeletsi, le bona ba ile ba etela ramotse oa moo e le hore ba ka mo neha kopi ea buka ena ’me ba hlalosa mosebetsi oa rōna. Ramotse eo o ile a khahloa ’me a botsa barab’abo rōna hore na ba na le liboka tsa kamehla motseng oo, kaha o ne a e-na le boikutlo ba hore boitsebiso bo joalo ke ba bohlokoa bakeng sa batho bao. Ha ba hlalosa hore baa fokola ka palo le hore ha ba na holo, o ile a ba khothalletsa ho qala leha ho le joalo. Ka lebaka la khothatso e joalo e tsoang ho ramotse, Lipaki li ile tsa qala ho hlophisa liboka tsa kamehla Skuodas.

Linnete ka Polao e Sehlōhō

Lilemong tsa morao tjena liketsahalo tse amanang le mehla ea Nazi le Polao e Sehlōhō ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khōlō ho tsona ke ba boholong sechabeng, bo-rahistori le matichere. Lipaki tsa Jehova e ne e le se seng sa lihlopha tse fokolang tse neng li sa khaotse ho hanyetsa lihlōhō tse neng li etsoa ke puso ea Hitler. Histori ea taba ena e hapile thahasello ea batho ba thuto. Thuso ea ho ithuta le tokollo e ka sebelisoang ka tlelaseng ea metsotso e 28 ea video ea Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault e ile ea hlahisoa ho thusa barupeli ho ruta ka liketsahalo tse potolohileng Polao eo e Sehlōhō. Lisebelisoa tsena li totobatsa litseko tsa litekanyetso tsa boitšoaro tseo koluoa e joalo e li hlahisang. Li tla nolofalletsa matichere hore a fe barutoana ba ’ona mohlala o motle oa sehlopha seo ka ho toba se ileng sa tobana le litseko tsa khatello ea lithaka, tsa ho hloka mamello le tsa letsoalo. Barupeli ba rutang lihlopha tsa ho tloha sekolong se bohareng ho fihlela boemong ba univesithi ba bontšitse takatso e tiileng ea ho ba le boitsebiso bo joalo.

Video ea Stand Firm e ile ea bontšoa ka lekhetlo la pele Sehopotsong sa Kampo ea Mahloriso ea Ravensbrück, e lik’hilomithara tse 60 ka leboea ho Berlin, Jeremane. Ho ne ho le teng ba boholong le bahlomphehi ba ’muso hammoho le bo-rahistori le baphonyohi ba mahloriso a Nazi. Pontšo eo ea pele e ile ea phatlalatsoa hantle haholo. Likoranta tse 99 hammoho le litsi tse peli tse khōlō tsa seea-le-moea li ile tsa hasa pale ena. Video ea Stand Firm e ntse e bontšoa metseng e fetang 150 ea Jeremane, ’me batho ba bangata ba bontša thahasello e khōlō.

Ka May 1997, Moscow, Russia, barab’abo rōna ba babeli ba ile ba e-ba le seabo neheletsanong ea machaba ea litsebi tabeng ena ea thuto ea Polao e Sehlōhō. Ba ile ba bua ka histori ea Lipaki tsa Jehova mehleng ea Nazi, ba totobatsa ’nete ea hore Lipaki li ne li rutiloe ho talima batho bohle ka ho hloka leeme.—Lik. 10:34, 35.

Ketsahalong e ’ngoe, baphonyohi ba leshome ba Lipaki ba tsoang Russia, Ukraine le Jeremane ba ile ba e-ba teng sebokeng sa litaba le pontšong ea pele Moscow ea video ea Stand Firm ka puo ea Serussia. Baphonyohi ba babeli ba kampo ea Stutthof, e mong a tsoa Jeremane ’me e mong a tsoa Ukraine, ba ’nile ba ngollana ho tloha ha ba lokolloa ka May 1945. Ba ile ba kopana hape Moscow ka mor’a lilemo tse 52! Ka mor’a seboka sa litaba, batlalehi ba litaba ba ile ba potoloha le barab’abo rōna, ba ba nka lifoto le ho rekota lipuisano tsa bona. Video ea Stand Firm e ile ea amoheloa ka meokho le ka litlatse tsa nako e telele. Ketsahalo eo e ile ea hapa tlhokomelo ea mecha ea litaba le batho ba thuto. Baqolotsi ba litaba ba Marussia, bao ka kakaretso ba neng ba e-na le boikutlo bo fosahetseng ka Lipaki tsa Jehova nakong e fetileng, ba ile ba bua lintho tse ntle ka histori ea rōna le mosebetsi oa rōna. Koranta e ’ngoe e ile ea re: “Ba bangata ba ile ba tšoaroa, ba isoa likampong tsa mahloriso ’me ba bolaoa. Empa sebete sa botho, se tšehelitsoe ke tumelo ho Molimo, se ile sa ipaka se le matla haholoanyane ho ntse ho le joalo. Ke ntho e ntle hore ebe ho ile ha fumanoa batho ba etsang filimi ena ’me kahoo ba phetlela lefatše leqephe le sa tsejoeng historing ea ho hanyetsa Bonazi. Rea ba leboha.”

Ho Nka Bohato ba Pele

Baqolotsi ba litaba ba nang le boikarabelo hangata ba tla tlaleha ka ho hloka leeme le ka nepo haeba ba fumana tšebelisano-’moho le boitsebiso. Kahoo, ha mokhopi oa bolumeli o hlasela Holo ea ’Muso Iseraele, ho ile ha etsoa boiteko bo kopanetsoeng ho tsebisa ba mecha ea litaba ka ketsahalo ena. Likoranta le setsi sa thelevishene li ile tsa tlaleha mosebetsi oa ho lokisa o ileng oa etsoa ke Lipaki tsa Jehova tse 15 tse neng li le leetong la bohahlauli ka sekepe. Tlaleho ena ea litaba e ile ea bontša phapang e khōlō pakeng tsa batho ba ipolelang feela hore ba lumela ho Molimo le batho bao kannete ba phelang ho ea ka lithuto tsa Molimo.

Zambia, moqolotsi e mong oa litaba o ile a ngola sehlooho se amahanyang Lipaki tsa Jehova le Bosatane koranteng e ’ngoe. Ofisi ea lekala e ile ea thusoa ka lintlha tse bontšang mokhoa oa ho kopana le mohlophisi oa koranta eo, ’me ho ile ha fanoa mohlala oa “lengolo le eang ho mohlophisi.” Mohlophisi o ile a fuoa kopi ea buka ea Tsebo le bukana ea Meea ea Bafu. O ile a tšepisa hore o tla sebetsa taba eo. Hoseng ha le hlahlamang feela, tlas’a sehlooho se reng “Lipaki Tsa Jehova Khahlanong le Bosatane,” lengolo le eang ho mohlophisi le ile la hatisoa le ntse le le joalo.

Ka lebaka la tšenyo ea lebitso le ho fuoa boitsebiso bo fosahetseng, maikutlo a sechaba linaheng tse ling tsa Europe ka phoso a ile a amahanya Lipaki tsa Jehova le lihlotšoana tsa borapeli tse kotsi. Makala a thusitsoe ho lokisetsa likarabelo tse hlakisang mesebetsi ea rōna re le mokhatlo ’me hoo ho felisa tšabo eo ’muso o ka bang le eona ka rōna.

Ho fapana le lefifi la moea le lefatšeng, leseli la ’nete le tsoela pele ho khanya ka ho hlakileng. Mantsoe a moapostola Pauluse ho Bafilippi 2:15 ke a loketseng hakaakang: ‘Le khanya le le maseli lefatšeng’! Re rapella tataiso ea Jehova le tlhohonolofatso ea hae boitekong bo ntseng bo etsoa ba ho lokisa maikutlo a fosahetseng le leeme ka mokhatlo o hlophisitsoeng le tšebetso ea Lipaki tsa Jehova. Ho tšeptjoa hore ka ho tsoela pele re ‘khantša leseli la rōna hore le khanye’ ka tsela ena, thoriso e tsoelang pele e tla isoa ho Jehova, eo leseli la hae le khantšang tsela ea rōna.—Pes. 36:9.

Afrika

Afrika ke k’honthinente eo ho eona ho buuoang lipuo tse ngata—eseng feela tse tlisitsoeng li e-tsoa Europe empa hape le tse ling tse ka bang 750. Morero o lerato oa Jehova ke hore banna, basali le bana ba ‘tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle’ ba kopanyelletsoe har’a ba tlang ho pholoha “matšoenyehong a maholo.” (Tšen. 7:9, 14) Hona ho bolela hore ba hloka monyetla oa ho ithuta ka Jehova. E le hore ba se ke ba utloa feela empa ba boele ba fumane tsebo e nepahetseng ea litsela tsa hae, Mokhatlo o hatisa libuka tse 127 tsa lipuo tse buuoang haholo ke Maafrika. (1 Tim. 2:3, 4) Selemong sena se fetileng sa tšebeletso ho ile ha eketsoa ka lipuo tse 9, ’me mosebetsi o ntse o tsoela pele lingoliloenng ka lipuo tse eketsehileng tse 11. Selemong sena, Tanzania le Kenya, ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seswahili. E ile ea boetse ea lokolloa Botswana le Afrika Boroa ka puo ea Setswana.

E ’ngoe ea lintlha tse ka sehloohong selemong sena Angola e ne e le ho amoheloa le ho ajoa ha buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang ka lipuo tse tharo tsa moo—Kimbundu, Kikongo le Umbundu. Likofuto tse joalo li nolofalletsa bahoeletsi hore ba sebelise linehelano tse bonolo le tse tobileng le ho qala lithuto tsa Bibele leetong la pele. Palo ea lithuto tsa mahae tsa Bibele Angola e ile ea fihla tlhōrōng e ncha ea lithuto tse 71 000, e leng tse fetang tse peli ho mohoeletsi ka mong. Keketseho palong ea baboleli ba ’Muso le eona e ’nile ea e-ba e ikhethang, e fihlang karolong ea 16 lekholong! Ka hare ho Luanda, motse-moholo, le ho e potoloha, hona joale ho na le liphutheho tse ka bang 350, tse arotsoeng ka lipotoloho tse 17.

Morali e mong oabo rōna Ethiopia o ne a pakela batsamai ba bang ha ba ntse ba tsamaea tseleng, empa o ne a sa tsebe hore motho e mong ea ka mor’a hae o ne a mametse. Ka mor’a hore ba bang ba nyelise molaetsa, monna eo ea ikokobelitseng o ile a tla ho eena ’me a kōpa thuto ea Bibele. Bakeng sa thuto e ’ngoe le e ’ngoe, o ne a tlameha ho tsamaea lihora tse robong ho ea feela le lihora tse robong ho khutla. Ha a ne a batla ho ba mohoeletsi, molebeli oa potoloho o ile a mengoa hore a mo etele. Molebeli oa potoloho o ile a makala hakaakang ha a fumana batho ba 30 ba mo letetse! Seithuti seo sa Bibele se ’nile sa arolela ba bang seo se ithutang sona. Ba ne ba e-na le lipotso tse ngata, ’me ho buisana le bona ho ile ha tšoarella ho fihlela ka hora ea boraro hoseng. Empa molebeli oa potoloho o ne a e-s’o buisane le seithuti sa Bibele ka litšoaneleho tsa bahoeletsi ba bacha. E le hore a tle a fihle ka nako moo ba behelaneng nako teng, molebeli oa potoloho o ile a tlameha ho tsamaea hoseng. Seithuti sa Bibele se ile sa tsamaea le eena, ’me molebeli oa potoloho o ile a botsa lipotso ha ba ntse ba tsamaea. Qetellong, molebeli oa potoloho o ile a bolella seithuti sa Bibele hore sea tšoaneleha. Ba ile ba rapela eaba baa arohana. Monna eo ea ikokobelitseng o ile a kolobetsoa ka January 1997. O ntse a tsamaea libaka tse telele—lihora tse 12 ho ea le ho khutla—ho ea libokeng.

Lilemong tsa morao tjena tšimo ea Burkina Faso e ’nile ea e-ba le tšubuhlellano e khōlō ea baromuoa; ba 42 hona joale ba sebeletsa naheng ena e ka boroa ho Sahara. Ba bang ba bona ba ruile molemo Sekolong sa Gileade kapa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi pele ba nka kabelo ena. Ba bang e le bo-pula-maliboho ba bile feela le koetliso eo batho bohle ba Jehova ba e fumanang Liholong tsa bona tsa ’Muso. Ka boitelo bo boholo ba botho, empa ba tšepile Jehova, bo-pula-maliboho ba bang ba tsoang Fora ba falletse mona ka bobona ho tla sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ka sebele Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba baboleli bana ba chesehang ba ’Muso oa hae.

Mosali e mong Harare, Zimbabwe, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, a sebelisa buka ea Phela ka ho sa Feleng. Leha ho le joalo, monna oa hae o ile a mo qosa ka hore o senya chelete ea lelapa ka ho reka libuka tse neng li se na thuso. A mo khothalletsa ho kopanela le bolumeli bo bong. Ka mor’a nako ba ile ba tloha toropong ho ea lula ntlong ea bona e mahaeng Chendambuya. Mono lelapa le ile la tšoaroa ke malaria. Ha a ntse a robetse betheng, monna eo o ile a nka kopi ea khale ea Molula-Qhooa eo mosali oa hae a ileng a e boloka. Eaba o bala buka ea Phela ka ho sa Feleng. O ile a e thabela haholo. Mosali o ile a botsa hore na ba ka e bala hammoho. Kahoo ba ile ba ithuta hammoho. Monna a botsa: “Kerekeng ee e ’ngoe eo u eang ho eona, na ba ruta see?” Mosali a arabela: “Che.” A re: “U se ke ua hlola u e-ea moo. Re tlameha ho fumana kereke e hatisang libuka tsena.” Mosali o ile a mo hopotsa: “Empa eo ke eona kereke eo u itseng ha u batle ha ke e kena.” “Kea tseba. Leha ho le joalo, ha re fumane batho bana.” Ka kōpo ea bona, Paki e ’ngoe e ile ea ba etela ’me kapele-pele ea qala thuto ka buka ea Tsebo. Ba ile ba qeta buka eo ka khoeli e le ’ngoe. Ba ile ba kolobetsoa ka August kopanong ea setereke.

Meetlo ea sebaka seo ea mapato e har’a “lintho tse metseng ka matla” tseo barab’abo rōna ba Senegal ba tlamehang ho loana le tsona. (2 Bakor. 10:4, 5) Litšebeletso tsa lepato hangata li tsamaea le mekhoa e amanang le tumelo ea hore moea ha o shoe. Ha Paki e ’ngoe e lilemo li 89 motseng o haufi le Dakar e e-shoa haufinyane tjena, mora oa eona o ile a thibela ho kopanela litšebeletsong leha e le life tsa lepato tse hananang le Bibele. Meetlo ea leloko e bolela ka ho toba hore lesela le lesoeu, le koahelang setopo pele ho lepato, le fanoe ke ba lelapa la ntate oa mofu. Leha ho le joalo, pele lesela leo le sebelisoa, ho lokela hore ho taboloe karolo e ’ngoe ea lona ebe e sehoa likotoana tse tlang ho roaloa matsohong le molaleng ke litho tse haufi tsa lelapa. Sena ha se li khetholle feela e le litho tsa lelapa leo empa ho ea ka tumela-khoela batho ba lumela hore le li sireletsa hore li se ke tsa khopisa mofu. Lelapa la mor’abo rōna e ne e le lona la pele la ho hana ho boloka moetlo ona, ’me hoo ho ile ha makatsa motse oohle. Moeletsi e mong oa Roma e K’hatholike o ile a hlalosa: “Seo re ’nileng ra leka ho se etsa ka lilemo tse 15, Lipaki tsa Jehova li se entse ka letsatsi le le leng. Ke lumela hore li na le matla a mang.” Batho ba fetang 400 motseng ona o sehlekehlekeng ba ile ba e-ba teng lepatong la ’mè enoa ea hōlileng lilemong. Hona joale ba bangata mono ba botsa lipotso tsa Bibele ’me ba fumana likarabo tse khotsofatsang.

Barab’abo rōna Zaire (hona joale ke Democratic Republic of Congo) ba ile ba tšelisoa haholo ke Pesaleme ea 112:7, e balehang tjena: “A ke ke a tšoha ke pehi e mpe, pelo ea hae e tiile, e itšepisa ka Jehova.” Selemo se ile sa qala hantle ka tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 104 134. Joale ho ile ha qhoma ntoa karolong e ka bochabela ea naha ’me ea namela ka bophirimela. Barab’abo rōna ba ofising ea lekala Kinshasa ba ne ba sa khone ho kopana le ba libakeng tse laoloang ke masole. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le balebeli ba potoloho ba 180 le balebeli ba setereke ba 11 naheng eo kaofela, ’me ba ne ba matlafatsa le ho khothatsa barab’abo rōna. Hakizimana Musa, e mong oa balebeli ba potoloho, o ile a ngola: “Hangata ke nahana ka Pesaleme ea 46:1 ha ke tsamaea ka baesekele ke etela barab’abo rōna. Kea tseba hore ba hloka khothatso linakong tsena tse thata. Ka linako tse ling ke bona matlo a cheleng ’me e mong le e mong a balehile—esita le linonyana li tsamaile! Ke ’nile ka emisoa ke masole ’me ka lemosoa hore ke se tsoele pele ka lebaka la kotsi. Le hoja ke ne ke tšaba ’me pelo ea ka e uba, ke ile ka rapela ’me ka tsoela pele hore ke e’o fihla phuthehong e latelang.”

Lekala le ne le sa khone ho romela liphallelo libakeng tse laoloang ke sesole, empa barab’abo rōna ba ile ba leboha hakaakang ha sehlopha sa Lipaki tse tsoang Europe se kena e le basebetsi ba liphallelo ka thepa e hlokahalang. Ka May 1997 motse-moholo, Kinshasa, o ile oa haptjoa. Ha bashebelli ba TV lefatšeng lohle ba shebeletse litšoantšo tse hlakileng le tse tšosang tsa baphaphathehi ba ntoa ba bofumeng, ba bolaoang ke tlala, batho ba Jehova ba ile ba ipoloka ba sa jele paate likhohlanong tseo. Ho sa tsotellehe tlala, ho kula, le tlhokahalo ea ho baleha malapeng a bona, ka khotso ba ile ba ’na ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Mohlomong ho lokolloa ha bukana ea Seo a se Hlokang ka puo ea Seuruund ha hoa ka ha bonahala e le ntho ea bohlokoa likarolong tse ling tsa lefatše. Empa ka ho e sebelisa moo, phutheho e ’ngoe ea bahoeletsi ba 56 e ile ea qala lithuto tsa Bibele tse 150 ho thusa batho ba neng ba hlile ba hloka tšehetso eo e leng Molimo feela ea neng a ka fana ka eona.

Pula-maliboho e mong Nigeria o ile a sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang ho pakela moeti-’moho le eena ka tekesing e tsamaeang pakeng tsa metse e meholo. Ba ile ba buisana ka lintlha tse ling tse tsoang thutong e nang le sehlooho se reng “Mekhoa eo Molimo a e Hloileng.” Monna eo o ile a mamela ka hloko, a botsa lipotso ’me a iphumanela bukana. Ha ba emisa hore ba fumane lijo tse bobebe ’me ba le ka ntlong ea lijo, monna eo o ile a retelehela ho pula-maliboho ’me a mo bontša sephutheloana. Pula-maliboho a botsa: “Se tšetse’ng?” “Ke chelete. Empa ha ke tsebe hore na ke bokae, kaha chelete ena hase ea ka. Ke e nkile ho o mong oa mekotlana ea baeti ka morao tekesing.” Joale, ka lebaka la seo Paki e mo bontšitseng sona bukaneng eo, monna eo o ile a re o batla ho khutlisetsa chelete eo ho mong’a eona. Mong’a eona, mohoebi e monyenyane, kapele-pele o ile a e tseba. Sephutheloana se ne se tšetse li-naira tse 150 000, (hoo e ka bang R7900). Monna enoa ea ileng a nka chelete eo o ne a ntse a setse phofu ea hae morao lik’hilomithara tse 500. O ile a bolella mohoebi eo hore a lebohe pula-maliboho eo hobane e bile bukana e entseng hore a fetole maikutlo a hae. Ba maketse, moqhobi le baeti ba bang ba ile ba batla likopi tsa bukana eo. Mohoebi eo ho ne ho se mohla a kileng a lumella Lipaki hore li bue le eena pele, empa joale o ne a batla thuto ea Bibele.

Asia Le Lihlekehleke Tsa Pacific

K’honthinente ea Asia e ahiloe ke karolo e khōlō ea baahi ba lefatše. Ho phaella moo, ho na le lihlekehleke tse likete—tse ling e le tse khōlō, tse ling e le tse nyenyane—tse qhalakaneng maoatleng. Hohle moo batho ba leng hona teng, Lipaki tsa Jehova li lekile ka matla ho ba finyella ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

Bohlokoa ba ho isa libuka tsa Bibele matsohong a batho bo bontšoa ke phihlelo e latelang e tsoang naheng e ’ngoe ea sehlekehleke se ka boroa-bochabela ho India. Mathoasong a bo-1980, Paki e ’ngoe Sri Lanka e ile ea tsamaisetsa monna e mong buka ea Phela ka ho sa Feleng ea neng a lula toropong eo ho se nang Lipaki ho eona. Ka 1985 o ile a qala ho ipalla buka eo ka boeena, ’me a hlokomela hore ke ’nete. Eaba o e bala le lelapa la hae, hape a qala ho e bala le ho buisana ka eona le metsoalle ea hae e haufi. Kapele-pele sehlopha sa ba 11 se ne se bokana ha hae ho tla buisana ka boitsebiso bona. Ba ile ba khaola maqhama le bolumeli ba bohata, ’me ba ne ba tseba hore ba lokela ho bolella le ba bang. Ka January 1997 lekala le ile la amohela lengolo le tsoang ho bona le kōpa thuso.

Ha banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ne ba romeloa ho ba etela, ba ile ba kōpa ka tieo: “Ka kōpo, na le ka re ruta mokhoa oa ho rapela?” Ka mor’a lipotso tse ngata le puisano e telele, bo-pula-maliboho ba ile ba memeloa ho robaletsa. Letsatsing le hlahlamang ka 6:00 hoseng, bo-pula-maliboho ba ile ba tsosoa ke mong’a ntlo ea thabileng ea neng a labalabela hore ho arabeloe lipotso tse eketsehileng. Ka 9:00 hoseng, ho ne ho se ho fihlile batho ba 16 lapeng leo. Ho ile ha fanoa ka puo ea phatlalatsa ea tšohanyetso, ha arabeloa lipotso tse eketsehileng, ’me qetellong ka 2:00 thapama bo-pula-maliboho ba ile ba qala leeto la bona la ho khutlela hae. Hona joale ho tšoaroa liboka tsa kamehla sebakeng seo.

Ha a le tseleng ea ho ea kopana le Paki e ’ngoe, morali e mong oabo rōna Lebanon o ile a kopana le mosali e mong ea hōlileng lilemong a phomotse ka lebaka la hore o ne a nkile lintho tse boima. Ha morali’abo rōna a re na a ka thusa, mosali eo o ile a khotsa: “Na ho sa na le batho ba tjee?” O ile a leboha morali’abo rōna haholo ’me a tsitlallela ho mo memela ho tla noa kopi ea kofi. Morali’abo rōna o ile a amohela memo, a nka monyetla oo ho mo pakela, ’me a tšepisa hore o tla mo tlisetsa buka ea Tsebo. Le hoja a ne a itse ha a rate Lipaki tsa Jehova, mosali eo o ile a amohela buka. Leetong la ho boela, morali’abo rōna o ile a kopana le morali oa mosali eo, ’me morali o ne a thabile haholo ka seo a ileng a se utloa. Hona joale o khanneloa thuto ea kamehla ea Bibele ka buka ea Tsebo.

Ba bang ba nang le tšusumetso litabeng tsa lipolotiki ba ananela mosebetsi o etsoang ke Lipaki tsa Jehova. Empa ba bang, tlas’a khatello e khōlō e tsoang ho baruti, ba behela Lipaki lithibelo. Leha ho le joalo, rea leboha hore selemong se fetileng Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomeloa ka molao Pakistan, Malaysia le Kazakstan.

Moholo e mong oa kereke sebakeng seo Pakistan o ne a atisa ho bolella batho hore ba se ke ba lumella Lipaki ho kena malapeng a bona hobane Lipaki ha li lumele ho Jesu le hore lithuto tsa tsona hase ’nete. Leha ho le joalo, pula-maliboho ea khethehileng o ne a ithuta le lelapa le neng le sa batle ho khaotsa ho ithuta. Ka letsatsi le leng moholo eo oa kereke o ile a etela lelapa leo ha le ntse le le thutong ea lona ea kamehla ea Bibele. O ile a lula a khutsitse nakong ea thuto ’me a makatsoa ke ho fumana hore Lipaki li hlile li ruta Bibele. Ka lebaka leo, ho ile ha qaloa thuto le moholo eo oa kereke. O ile a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho ’me hona joale ke Paki e kolobelitsoeng. Ka eo e kileng ea e-ba moholo oa kereke, batho ba bang ba tšeletseng ba ile ba e-ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova kamehla.

Ho na le litoropo tse ngata Malaysia tse nang le batho ba fetang 30 000 empa ho se na Paki le e ’ngoe. Ba e-na le baahi ba bangata hakaalo bao ba lokelang ho ba finyella ka litaba tse molemo, bahoeletsi moo ba na le kabelo e khōlō. Libaka tse ling li beha haholo. Ba sebelisa bukana e ’ngoe e nang le sehlooho se reng Everlasting Life in Paradise!, e sa tsoa fetoleloa puong ea Sekadazan-Dusun, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba abetsoeng Sabah, karolo e ka leboea ea Borneo, ba ile ba khona ho theha lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 50 nakong ea likhoeli tse tharo.

Ho lokisetsa libuka tsa Bibele ka lipuo tse ngata tsa Bochabela ke mosebetsi oa motonanahali. Li se li ntse li fumaneha ka lipuo tseo bonyane li utloisisoang ho isa bohōleng bo itseng ke boholo ba batho. Empa ho ba le phapang e kaakang ha ho e-na le ntho e hatisoang ka puo eo batho ba moo ba e nyantseng letsoeleng! Morali e mong oabo rōna ea hōlileng Kyrgyzstan ea neng a sa tsebe Serussia o ne a fumane hore tšebeletso ea hae e khinehile haholo. Empa ha buka ea Tsebo e e-ba teng ka Sekirghiz, o ile a e sebelisa ka cheseho. Ka lebaka leo, batho ba tsoang metseng e meng ba ile ba utloela ka eona ’me ba mo etela—ba tla ka maoto, ka libaesekele, kapa ka koloeana e huloang ke litonki. Hona joale Paki eo e na le lithuto tse ’maloa tsa Bibele ’me e leboha haholo hore ebe e na le ho hong ka puo ea habo eona hoo e ka hasang litaba tse molemo ka hona.

Europe

Ka lilemo tse fetang 100, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela litaba tse molemo Europe. Lipaki tse ngata tse tsoang Europe li falletse linaheng tse ling moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso. Ka bo-1990, ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khethehileng ho faneng ka bopaki bo matla Europe Bochabela. ’Me lilemong tsa morao tjena, palo e khōlō ea bajaki ba tsoang linaheng tseo ha ho bapisoa li nang le Lipaki tse fokolang e falletse Europe, moo ho nang le palo e khōlō ea Lipaki tse thabelang ho ba amohela le ho arolelana le bona litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Sena sohle se tlatsetsa ho faneng ka bopaki “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše,” tumellanong le seo Jesu a se boletseng esale pele.—Lik. 1:8.

Linaheng tse ngata, bajaki ba arabela habonolo molaetseng oa ’Muso. Ha Lipaki tsa sebaka ka seng li etsa seo li ka se khonang ho arolelana linnete tsa Bibele le batho bana, moea oa Jehova o bula lipelo tsa bona. Hoo e bile ’nete ka mophaphathehi e mong oa Latin America ea neng a le Norway. O ile a hlokomela batho ba apereng hantle, ba bacha le ba hōlileng, ba kena Holong ea ’Muso e haufi le setsi sa baphaphathehi. Le eena o ile a ea libokeng tse ling Holong eo ea ’Muso ’me a rata seo a ileng a se bona, empa o ne a sa utloisise Senorway ho hang, ’me ho ne ho se na ea ka buang Sepanishe moo. Leha ho le joalo, ho ile ha qaloa thuto ea Bibele le eena. Paki e ile ea sebelisa buka ea Tsebo le New World Translation tsa Senorway; monna ea thahasellang o ile a sebelisa lingoliloeng tse tšoanang tsa Sepanishe. Ka ho khomarela ka tieo boitsebisong ba thuto le ho hatisa mangolo, ba ile ba tsoela pele ka potlako. Moea oa taolo, kutloano le botsoalle oo monna eo a ileng a o fumana phuthehong eo o ile oa matlafatsa ho kholiseha ha hae hore o ne a fumane batho ba Molimo.

Ka mor’a likhoeli tse seng kae, o ile a batla ho ba mohoeletsi, empa ka lebaka la bothata ba puo, baholo ba ne ba sa khone ho bona hore na oa tšoaneleha kapa che. Leha ho le joalo, kopano ea potoloho ea Sepanishe e ne e tla ba teng Oslo, bohōle ba lik’hilomithara tse 2400. Ba bang ba barab’abo rōna ba ile ba ntša monehelo bakeng sa tefello ea sefofane e le hore a ka ba teng ho eona. Baholo ba buang Sepanishe kopanong eo ba ile ba fumana hore ka sebele oa tšoaneleha, ’me kopanong eo o ile a kopanela tšebeletsong ea tšimo ka lekhetlo la pele. Ho tloha qalong feela, o ile a etsa boiteko bo boholo ba hore a pakele baphaphathehi ba bang setsing le ho ba memela Holong ea ’Muso. Ka tsela ena ho ile ha qaloa lithuto tsa Bibele le baphaphathehi ba tsoang Amerika Boroa, Afrika le Europe. Selemo se le seng ka mor’a hore a be teng sebokeng sa hae sa pele Holong ea ’Muso, o ile a kolobetsoa.

Batho ba bang ba bacha ba arabela ’neteng joaloka seponche se innoeng metsing. Seo se ile sa ipaka e le ’nete ka Marko, eo e neng e le seithuti Finland. Tichere e ’ngoe e ne e ile ea mo bolella hore e mong oa Lipaki tsa Jehova o sebetsa sekolong sa ’mino. Marko o ile a atamela Paki eo a e botsa pono ea eona ka lintho tse ling tse itseng, empa ho ne ho e-na le nako e fokolang feela ea ho bua. Mantsiboeeng ao Paki e ile ea founela Marko ’me ea mo bolella hore a ka ’na a alima libuka tse ling ho eona haeba a batla boitsebiso bo eketsehileng. Kapele-pele o ile a ea lapeng ha eona, moo Paki ena le monna oa eona ba ileng ba arabela tse ling tsa lipotso tsa hae ’me ba mo fa bukana ea Seo a se Hlokang, video ea Organization le buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Ka mor’a matsatsi a seng makae, o ne a se a khutlile a tl’o batla libuka tse eketsehileng. Moqoqo oa hae o ile oa bontša hore o ne a hlile a montse seo a neng a se balile. Lekhetlong lena o ile a fuoa buka ea Tsebo le Bibele. O ile a hlalosetsoa ka tokisetso ea ho ithuta Bibele le batho ba thahasellang, empa o ne a batla ho ipalla buka eo ka boeena pele. Ka beke e le ’ngoe o ne a balile buka eo kaofela ’me a shebile le mangolo. Pele ho thuto ea hae ea pele ea Bibele, o ne a se a ikhutse kerekeng. Ka potlako o ile a qala ho pakela beng ka eena, metsoalle le matichere sekolong sa ’mino. Likhoeli tse tharo le halofo ka mor’a hore a qale ho ithuta, o ile a kolobetsoa.

Mosali e mong Estonia, tichere ea puo ea Serussia, o ne a keneletse ka ho teba tšebelisanong le meea ka lilemo tse 20 ha a ne a kopana le Lipaki tsa Jehova. O ne a bile lithupelong tsa ho sebelisa pendulum ho fumana hore na litho tse tšoeroeng ke boloetse ke life bathong. (Pendulum e ne e qala ho tsamaea ha ho botsoa lipotso.) O ne a ile a kopanela kopanong eo ho eona ba sebelisang temoho e fetang kutlo e tloaelehileng ea ’mele, ba tsoang hohle Soviet Union, ba neng ba le teng. O ne a ile a kopanela libokeng tsa Mehla e Mecha. Hobane’ng? ’Mè oa hae o ne a kula haholo, ’me o ne a batla tsela ea ho mo imolla. O ne a tseba hore Jesu o ile a phekola batho, ’me o ne a lumela hore baphekoli ba meea kajeno e tlameha hore e be e le bahlanka ba Molimo. O ne a sa tsebe hore matla a ho phekola a ne a ka tsoa mohloling o mong ka ntle ho Molimo. (Deut. 18:10-12; Mat. 7:15-23) Empa joale bademona ba ile ba qala ho mo loma le ho mo khama. O ne a hloka thuso ka potlako. A nyahamisitsoe ke lihlopha tse ling tsa bolumeli, o ile a iteanya le Lipaki tsa Jehova. Ho ile ha qaloa thuto ea Bibele le eena hang-hang. O ile a ithuta ho rapela le mokhoa oa ho hanela Diabolose. Ha a utloisisa hore na Jehova o talima tšebelisano le meea joang, o ile a chesa libuka tsa hae tsa tšebelisano le meea hape a senya le li-pendulum tsa hae tse hlano. Ka nako ea likhoeli tse ’nè, o ne a kopanela tšebeletsong ea tšimo, a thusa ba bang ho rua molemo linneteng tse entseng ho hoholo hakana ho mo lokolla. Hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang ea sa khaotseng, o leboha hore ebe o balelloa har’a batho ba thabileng ba Jehova.

Dámaris, morali e mocha lilemong oa moholo e mong Spain, oa lumela hore ho ne ho le thata ho eena hore a qale ho pakela bao a leng sehlopheng se le seng le bona. Empa o ile a hlokomela hore boholo ba bona ba ne ba tsuba kapa ba e-na le mathata ka lithethefatsi. O ne a tseba hore ba hloka thuso. Qetellong o ile a bua le e mong ea leng sehlopheng se le seng le eena ka liphello tsa lithethefatsi le ho tsuba. Dámaris o ile a hlalosa hore o na le buka e tšohlang litaba tse thahasellisang ho batho bohle ba bacha, ho akarelletsa le liphello tsa ho sebelisa lithethefatsi. Ngoanana eo o ile a kōpa ho bona buka eo, ’me ba ile ba e fetisetsana sehlopheng seo. Hoo e ka bang karolo ea boraro ea sehlopha seo e ile ea batla likopi tsa botho tsa Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Phello: Oa pele eo Dámaris a ileng a mo pakela o ile a khaotsa ho tsuba, ’me monyako o bulehile bakeng sa lipuisano tse tsoelang pele.

Nakong ea ntoa moo e kileng ea e-ba Yugoslavia, barab’abo rōna mono ba ile ba feta linakong tse thata haholo. Linthong tse bonahalang, ba ile ba futsaneha haholo, empa linthong tsa moea ba ruile. Ka mohlala, kopanong ea setereke Zagreb, Croatia, ba ile ba angoa ke liphihlelo tse thabisang tse tsoang Vukovar. Ona ke motse o Croatia o neng o le tlas’a taolo ea Serbia, ’me hona joale o boetse o tlas’a taolo ea Croatia. E ’ngoe ea tšenyo e mpe ka ho fetisisa ea ntoa e etsahetse moo, ’me boholo ba baahi, ho akarelletsa le barab’abo rōna, ba ile ba tlameha ho baleha sebakeng seo e le hore ba ka pholosa bophelo ba bona. Ka lilemo tse ’nè barab’abo rōna Croatia ba ne ba sa tsebe hore ho na le morali e mong oabo rōna, Maria, ea neng a ile a sala motseng oo. Qalong o ne a bolela a le mong, ’me ka linako tse ling o ne a khona ho ea phuthehong e haufi e Serbia. Cheseho ea hae nakong ea ntoa e ile ea putsoa ka ho enneng. U ka inahanela hore na barab’abo rōna ba ne ba maketse hakaakang kopanong ea setereke ha ba amohela sehlopha sa batho ba ka bang 20 ba tsoang Vukovar!

Linaha Tsa Amerika

Ka lebaka la tšebeletso ea tsona e chesehang, Lipaki tsa Jehova lia tsebahala ho pholletsa le Linaha tsa Amerika. Batho ba bangata, le hoja ka bobona ba sa khethe ho phela ho ea ka litekanyetso tsa Bibele, ba khahloa ke mosebetsi oo Lipaki li o etsang. Ba ka ba ba khahloa ke keletso e sebetsang bophelong eo Lipaki li ba bontšang eona ka Bibeleng. Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova li boetse li ikemiselitse ho ba thusa hore ba tsebe le ho ananela Jehova Molimo, Mohloli oa keletso eo, le morero oa hae o lerato bakeng sa moloko oa batho.

Le hoja bo-pula-maliboho ba sebetsa ka thata ho isa molaetsa oa ’Muso bathong, ho hang ha baa lebella ho fumana khau bakeng sa mosebetsi oa bona. Empa ke sona hantle se ileng sa etsahalla e mong oa bo-pula-maliboho ba rōna ba khethehileng Venezuela. Carmen Bravo o ile a makala ka letsatsi le leng ha a fumana memo e tsoang “Komiting ea Mafumahali a Páez” ea motse ea hore a be teng moketeng oo ho oona a tlang ho amohela khau bakeng sa “tlatsetso ea hae ea bohlokoa lefapheng la bolumeli.” Empa hobane’ng? Motse oa Guasdualito o ne o bile le tšebetso e khōlō ea likhukhuni, empa Carmen ea lilemo li 70 o na le tšusumetso e etsang hore batho ba boloke botsitso ha a arabela lipotso tsa bona tse tsoang Bibeleng, a khanna lithuto tsa Bibele, ’me a tsamaisa libuka tsa Bibele. Batho ba bangata motseng oo ba bala le ho ananela Molula-Qhooa le Tsoha! Hape, ba boholong ba khahloa ke palo ea manyalo a ngolisitsoeng ka molao ka lebaka la mosebetsi oa boevangeli oa Lipaki tsa Jehova. Ka kakaretso, Carmen o talingoa e le letlotlo sechabeng. Carmen o ile a amohela khau eo ka thabo, empa ka boikokobetso o ikutloa hore o mpa a sebelisoa ke Jehova ho isa molaetsa oa hae bathong.—Bapisa le 1 Bakorinthe 3:6, 7.

Puerto Rico, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlaha ka pel’a boto ea ba boholong ’musong mabapi le ho sebelisa lebala la lipapali bakeng sa kopano. Monna eo ka lilemo tse ngata a ’nileng a ameha ho faneng ka tumello ea ho sebelisoa ha sebaka seo o ile a kōpa ho bua pele botong eo. O ile a ba bolella hore hang ka selemo ha Lipaki tsa Jehova li sebelisitse lebala leo la lipapali, le hloekisoa haholo ka ho fetisisa. Selemong se ka pele ho seo, karolo e ’ngoe ea mochine o laolang moea o batang le o chesang sebakeng se seng e ne e robehile. Ka mor’a kopano ea Lipaki, o ile a fumana hore li lokisitse karolo eo ntle ho tefo. Hape li ne li lokisitse le likarolo tse ling tsa tsamaiso ea motlakase le lipeipi tsa tsamaiso ea metsi. ’Me sebaka seo ho pakoang makoloi ho sona se ne se bolokiloe se hloekile se boheha. Boto e ile ea voutela hore Lipaki li lumelloe hore li sebelise lebala leo ntle ho tefo bakeng sa kopano ea tsona e tlang.

Ka lebaka la ho rekisoa ha lithethefatsi haholo sebakeng se seng se futsanehileng haholo Haiti, masole a ile a phenyekolla le ho heletsa matlo a mangata. Leha ho le joalo, ha a bona Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo ka tlung ha Anna, a ile a re: “Ha rea tlameha ho heletsa ntlo ena. Lipaki tsa Jehova ha li kenelle thekisong ea lithethefatsi.” Hoba a bone sena, moahelani e mong o ile a mathela ntlong ea hae ’me a ala libuka tsa hae tsa bolumeli ba Boprostanta. Ha masole a fihla, o ile a a bolella hore ha ho hlokahale hore a phenyekolle ntlo ea hae kaha le eena o ne a e-na le libuka tsa bolumeli. A ile a sheba libuka tseo ’me a re: “Che, tsena ha li tšoane.” Eaba a heletsa ntlo eo. Anna e ne e e-s’o be e mong oa Lipaki tsa Jehova. Empa ka mor’a phihlelo eo, o ile a rapela Jehova hore a mo thuse hore a lumellanye bophelo ba hae le litekanyetso tsa hae tse lokileng. Hona joale ke Paki e kolobelitsoeng.

Phuthehong e El Cruce de Cajamarca, Peru, pula-maliboho e mong ea khethehileng o ile a kopana le Rafael. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho ithuta buka ea Tsebo le eena le lelapa la hae. Ka lebaka la sebaka se selelele sa ho ea ha hae, qalong thuto e ne e sa tšoaroe beke le beke. Thutong ea pele mor’abo rōna o ile a makala ho tseba hore Rafael o ne a sa lumele Boraro-bo-bong, mollo oa lihele kapa “bahalaleli.” Ha a arabela potso e reng, “U ithutile lintho tsee hokae?” o ile a re, “Ka ho bala buka ena,” eaba o ntša buka ea Phela ka ho sa Feleng. A phaella: “Leha ho le joalo, ho hlokahala ho eketsehileng ho feta ho e bala feela. Ke hloka motho ea ka nthusang.” (Bapisa le Liketso 8:31.) Thutong ea bobeli, Rafael o ile a re eena le mosali oa hae ba qeta matsatsi a Sontaha ba etela baahelani ba bona le ho ba ruta seo ba neng ba ithutile sona. Leetong la boraro la pula-maliboho, o ile a fumana Rafael a etsa maeto a bolisa a sebelisa boitsebiso bo ho Molula-Qhooa oa September 15, 1993, oona oo pula-maliboho a o sebelisang ha a etsa maeto a bolisa. Ka nako e khutšoanyane, Rafael le mosali oa hae e ile ea e-ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ’me ka August selemong sena se fetileng ba ile ba kolobetsoa bobeli ba bona.

Le hoja palo ea baboleli ba ’Muso Mexico e eketsehile ka lebelo le makatsang lilemong tsa morao tjena, Lefapha la Molao lekaleng leo le boetse le sebelitse ka matla e le hore litokelo tsa barab’abo rōna li ka hlomphuoa. Tsela e ’ngoe eo sena se entsoeng ka eona ke ka ho ba le lipuisano tse sa khaotseng le ba boholong ho ba tiisetsa ka boikemisetso ba rōna ba ho rarolla mathata ka khotso. Kahoo, Seterekeng sa Chiapas, ha tseko e mabapi le ho se itšunya-tšunye ha Lipaki meketeng ea sebaka seo ea bolumeli e ntse e rarolloa ka lekhotleng—’me qeto e le e tšehetsang Lipaki tsa Jehova—Lipaki li ile tsa boela tsa sebelisa monyetla oo ho hlakisa hore li hlile li ikemiselitse haholo ho ba le tšebelisano-’moho mesebetsing ea sechaba eo e seng ea bolumeli kapa ea lipolotiki. Ba boholong ba neng ba sebetsana le taba eo ba ile ba khahloa ke bohloeki, seriti le tlhompho tse neng li bonahala har’a balemi bana ba ikokobelitseng bao e leng Lipaki tsa Jehova.

Moholo e mong Maine, United States, o fumana ho paka likepeng e le e ’ngoe ea litšobotsi tse behang ka ho fetisisa tšebeletsong ea hae. Ketsahalong e ’ngoe, o ile a pakela ofisiri e ka sehloohong sekepeng se tsoang Philippines. Ha a nka bohato ka seo a ithutileng sona ’malong oa hae oa Bibele, monna eo o ne a se a ikhutse Kerekeng ea K’hatholike. Ketelong ea pele, moholo o ile a buisana le eena ka pampitšana ea Thabela Bophelo ba Lelapa. Kaha sekepe se ne se lokela ho ba koung eo matsatsi a mane feela, leeto la pele la ho boela le ile la etsoa hona bosiung boo, ’me a mang a mabeli a ile a latela ka mor’a moo. Mor’abo rōna o ile a ea le livideo tsa Mokhatlo tse tšeletseng. Moqoqo le livideo tseo li ile tsa e-ba le tšusumetso e khōlō ho ofisiri ena hoo e ileng ea e-ba le boikutlo ba hore ho hlokahala hore e etse liphetoho tse khōlō bophelong ba eona. E ile ea bolela hore e na le takatso e matla ea ho ithuta ho eketsehileng Lentsoeng la Molimo le ho le sebelisa ka boeona.

Har’a likopano tsa setereke tse 37 tse neng li lokiselitsoe Canada selemong sena se fetileng ho ne ho e-na le tse 9 profinseng ea Quebec. E ’ngoe ea tsena e ne e le Quebec City, moo ho bileng teng ba 9213. Tse hlano li ne li tšoaretsoe Sherbrooke mafelong a beke a latellanang. Kakaretso ea ba bileng teng likopanong tsohle tse robong profinseng eo e bile 32 181. E bile phetoho e kaakang liphihlelong tseo Lipaki tsa Jehova li bileng le tsona moo ka bo-1940 le bo-1950! Ho ile ha tšoaroa tse makholo-kholo ka nako eo. Tse ling li ile tsa tobana le mahoohoo. Empa li ile tsa tsoela pele ho utloa Molimo e le ’musi; li ile tsa hana ho khaotsa ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo. Ka lebaka la ho phehella ha tsona, melao e ile ea fetoha Canada, ea fana ka tšireletso e khōloanyane bakeng sa bolokolohi ba Macanada ’ohle. Hona joale ho boetse ho na le liphutheho tse 12 tse hōlang ka potlako Quebec City le tse 4 Sherbrooke. Jehova o hlohonolofalitse tšebeletso e tšepahalang e tsoelang pele ea Lipaki tsa hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela