Madagascar
E le thōko le lebōpo le ka bochabela la Afrika, ka linako tse ling Madagascar e bitsoa Sehlekehleke se Seholo se Sefubelu. E khōlō e le ruri hobane ke sona sehlekehleke sa bone se seholohali lefatšeng, ’me mobu oa eona o mofubelu ka ’mala.
Ka lebaka la limela le liphoofolo tsa eona tse ngata le tse sa tšoaneng, rasaense e mong oa Lefora o ile a bitsa Madagascar “lefatše la thabo la liithuti tsa tlhaho.” Hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea mefuta ea eona e 10 000 ea limela tse thunyang, ha ho moo e fumanehang teng lefatšeng. Ho na le mefuta e ka bang 1 000 ea li-orchid feela, eo o le mong oa eona o hlahisang chai ea sejalo sa vanilla se lengoang haholo hore se romelloe linaheng tse ling. Sehlekehleke sena se boetse se tletse liphoofolo tse khahlisang tse akarelletsang li-lemur tse mohatla o ikharileng le manoabo a mefuta-futa a nang le mehatla e harehileng le maoto a tšoarang joaloka matsoho. Mefuteng ea sona e 400 ea liphoofolo tse phelang naheng le metsing le lihahabi, ke e 12 feela e fumanehang le linaheng tse ling.
Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova bona ba khahloa haholo ke batho. Madagascar ho na le baahi ba fetang 14 000 000, ba merabe e ka bang 20. Batho ba lithabeng, e leng bohareng ba sehlekehleke sena, ba na le litšobotsi tsa batho ba Asia, ’me matlalo a bona aa khanya le moriri oa bona o otlolohile, o motšo. Ho lumeloa hore ba tlile mona ba e-tsoa ho seo hona joale e leng Indonesia. Ba sikileng le lebōpo ba na le litšobotsi tsa Maafrika le Maarabe. Ho tsoakana hona ha libōpeho ho etsa batho bao ho bonahalang ba sa tsofale kapele; hangata, batsoali ba shebahala joaloka bana ba bona ba lilemong tse ka tlaase ho 20.
Bamalagasy ke se seng sa lichaba tse belehang haholo lefatšeng, ’me karolo ea 80 lekholong e phela ka temo le ka ho rua mehlape. Sena se sohloka “naha ea thabo.” Hoo e ka bang palo e ka holimo ho halofo ea meru e kileng ea tlokoma ea Madagascar e felile kapa e thefulehile habohloko.
Ho sa tsotellehe seo, Madagascar e ntse e tsoela pele ho atleha e le “naha ea thabo.” Ka tsela efe? E tletse batho ba bangata ba ananelang bao lipelong tsa bona peō ea ’nete ea ’Muso e tlang ho hōla ka katleho. Ba bangata ba thabela ho utloa litaba tse molemo tsa hore “Jehova oa busa!” Ba nyakallela hore bobusi ba hae bo tla etsetsa batho seo ho seng ’muso oa motho o neng o tla ke o se etse.—Pes. 97:1.
Ke batho bafe ba hlileng ba thusitseng baahi ba sehlekehleke see se seholo hore ba utloisise seo borena ba Jehova bo leng sona? Le hoja hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea baahi e le litho tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana, baromuoa ba tsona ba hlōlehile ho thophothetsa tsela ea bophelo ea Bokreste lipelong tsa Bamalagasy. Motala e mong oa Momalagasy o kile a re: “E-re ke u bolelle, mohlomphehi. Rōna Bamalagasy ha rea rutoa Bokreste ka ho teba. Ha ho na Momalagasy le ea mong, ke re, le ea mong, esita le har’a bona ba fetohileng [ba phelang Sekhooa], ea ka nahanang ho haha ntlo a sa ea litaoleng hore a fumane letsatsi le letle la hore a qale. Tumela-khoela ha ea shoa.” Mahlabelo a sa ntsane a nyeheloa libakeng tse phahameng le litlhorong tsa lithaba. Ho rapela balimo ke bophelo ba teng, ’me batho ba lumela ka matla ho lingaka tsa setso. Ho bonahala bophelo ba letsatsi le letsatsi ba motho bo laoloa ke bafu ho feta ba phelang.
Lebitso la Molimo Lea Tsebahala
Le hoja baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba sa atlehe hakaalo ho thusa batho hore ba phele bophelo ba Bokreste, ka liphetolelo tsa bona tsa Bibele ba tsebahalitse lebitso la Jehova ka tsela e itseng. Ka 1830, ho ne ho se ho hatisitsoe “Testamente e Ncha,” ’me ka 1835 Bibele e feletseng e ne e fumaneha ka Semalagasy, e leng se etsang hore Bibele ea Semalagasy e be e ’ngoe ea liphetolelo tsa khale ka ho fetisisa tsa lipuo tsa Afrika. Phetolelo ea Maprostanta ea Bibele ea Semalagasy e sebelisa lebitso la Jehova le hona ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ’me phetolelo ea Mak’hatholike eona e sebelisa Iaveh ka Mangolong a Seheberu. (Pes. 83:17, 19; Ps 83:16, 18, NW; Mat. 4:7, 10) Ka lebaka leo, lebitso Jehova le sebelisoa khafetsa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ha u tsamaea ka tekesi ea teng, u ka ’na ua bona litemana tsa Bibele tse kang “Jehova ke Molisa oa ka” li ngotsoe ka Semalagasy. (Pes. 23:1) Hape u ka ’na ua bona temana ea Bibele e nang le lebitso la Molimo e ngotsoe leseleng le sephara le bitsoang lamba, le aparoang ke basali.
Leha ho le joalo, ke bo-mang ba thusitseng batho ba moo hore ba tsebe lebitso la Molimo le hore ba boele ba lemohe hore Jehova ke ’Musi oa bophelo ba bona?
Litaba Tse Molemo li Fihla Sehlekehlekeng se Seholo se Sefubelu
Ka 1925 Liithuti tsa Bibele, e leng tsela eo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka eona ka nako eo, li ile tsa qala ho thusa batho ba Madagascar ho utloisisa Lentsoe la Molimo. Joale ka September 1933, sehlekehleke sena se ile sa fumana bopaki bo pharaletseng. Banna ba babeli ba sebete ba chesehelang boromuoa, e leng Robert Nisbet le Bert McLuckie, ba ile ba fihla toropong e lebōpong la leoatle ea Toamasina ba e-tsoa Afrika Boroa ba tsamaile ka la Mauritius. Ba ne ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Kaha palo ea Lipaki tsa Jehova e ne e le nyenyane Afrika mehleng eo, ba ne ba leka ho tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ho batho ba bangata haholo kamoo ho ka khonehang kateng ka nako e khutšoanyane. Robert Nisbet oa hopola: “Lingoliloeng tsa rōna tsa Sefora li ile tsa fela kapele. Re ne re paka feela ka ’Muso, re tsamaise lingoliloeng ebe re fetela tšimong e ’ngoe e sa sebetsoeng.”
Ka mor’a hore Barab’abo rōna Nisbet le McLuckie ba akaretse Toamasina, ba ile ba kenella hare ho naha ba leba Tananarive, motse-moholo. Tananarive ke lebitso la Sefora bakeng sa Antananarivo, le bolelang “Toropo ea ba Sekete.” E rehiloe lebitso lena hobane Morena Andrianjaka o ile a lika-liketsa motse ona ka lebotho la banna ba sekete ho o sireletsa ha a ne a phatlalatsa hore motse ona ke motse-moholo oa ’muso oa hae ka 1607. Bert McLuckie o bolela maikutlo a hae tjena ka motse-moholo ona: “Tananarive e ne e hahiloe joaloka tlhako ea pere, ’me seteishene sa terene se ne se le ka lehlakoreng le bulehileng la leralla lena leo e kang le khunyaletse. Ka har’a ‘tlhako ena ea pere’ e ne e le setsi sa khoebo, se pota-potiloeng ke sebaka sa bolulo. Baahi ba ne ba hlile ba hloa litepisi tse makholo hore ba fihle malapeng a bona.”
Batho ba motse-moholo ba ile ba arabela joang? Robert Nisbet o re: “Ba ne ba nka lingoliloeng tsa Sefora habonolo feela, ’me ba bang ba ne ba beeletsa The Golden Age (e leng Tsoha! hona joale) ka Sefora. Kaha ba bangata ba ne ba botsa lipotso, re ne re khutlela ho ba bangata ba bona hore re e’o tsoela pele ka puisano.” Mor’abo rōna Nisbet o bua sena ha a hopola liphihlelo tsa bona: “Re ne re haptjoa maikutlo ke batala ba bohlale haholo.”
Leha ho le joalo, bara bana babo rōna ba babeli ba ne ba e-na le bothata ba ho bua le batho, kahobane e ne e le batho ba ’maloa feela ba utloisisang Senyesemane. Leha ho le joalo, ba ile ba leka ho fihla ho batho ba bangata kamoo ho khonehang ho fihlela ha setoko sa bona sa lingoliloeng se felile. Le hoja boeting ba bona ba khoeli ho sa ka ha qalisoa sehlopha kapa phutheho, ba ile ba qeta lihora tse 185 ba bolella ba bang ka Jehova, ba tsamaisa libuka tse 214 le libukana tse 828, ’me ba fumana lipeeletso tse 21. Ho ne ho jetsoe peō ea ’nete, empa ho ne ho tla feta lilemo tse 22 pele e fumana tlhokomelo e lekaneng hore e hōle ’me e atlehe.
Bamalagasy ba Amohela ’Nete
Ka October 1955, ka mor’a Kopano ea “’Muso o Hlōlang” e neng e le Paris, bo-pula-maliboho ba babeli ba tsoang Fora ba ile ba fihla Tananarive ba potile motseng o lebōpong la leoatle oa Toamasina. Ha ba theoha tereneng, ba ile ba khefutsa ka pel’a seteishene. Ba ile ba thalatsa koana le koana ’me ba bona “tlhako ea pere” e nang le matlo a likete a lutseng leralleng joalokaha eka a liluloaneng tsa lebota. Adam Lisiak, ea neng a sebetsa merafong ea Poland, o ile a re ho oa mphato oa hae, Edouard Marlot: “Bona feela Edouard, tšimo ena ke ea rōna kaofela!” Edouard o ile a araba: “Adam, ebe re tla etsa joang moo? Batho ba mona ba rutehile; rōna ha rea ruteha. Ebe re tla etsa joang, Adam?” Ho ntse ho le joalo, ba ile ba finyella ho hongata sehlekehlekeng sena.
Ka nako eo, Madagascar e ne e le kolone ea Mafora. Kaha Molula-Qhooa o ne o thibetsoe Fora le libakeng tse busoang ke Fora, ba ne ba fana ka Tsoha! ea Sefora, e neng e fumanoa feela ka peeletso. Ka likhoeli tsa pele tse tšeletseng, ba ile ba fumana lipeeletso tse 1 047. Mor’abo rōna Lisiak o ne a atisa ho bolela kamoo makasine e le ’ngoe ea Tsoha!, e neng e sosobana le ho phumuha kateng ka mor’a hore e sebelisoe e le sampole khafetsa. Ho ntse ho le joalo, ho ne ho fumanoa lipeeletso ka ho bontša batho pampiri eo e sosobaneng.
Barab’abo rōna Lisiak le Marlot ha baa ka ba senya nako. Ba ile ba sebetsa tšimo eo ’me ba khanna lithuto tsa Bibele. Kapele feela sekolo se seng sa mathomo se ile sa fa Lipaki phaposi ea borutelo hore li tšoarele liboka ka ho eona. Libenche e ne e le tsa mapolanka, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e etselitsoe bana ba banyenyane—e ne e sa lokela hantle bakeng sa batho ba baholo. Ho ntse ho le joalo, ho ne ho se na ea belaelang.
Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng mohoeletsi oa pele oa Momalagasy, e leng Rabehasy Noël, o ile a tlaleha mosebetsi oa tšimo. Joale, bahoeletsi ba bang ba ile ba kopanela mosebetsing oa tšimo. Qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 1956, sehlopha sa ba robeli se ile sa kenya kōpo ea ho theha Phutheho ea Tananarive ea Lipaki tsa Jehova. (U tla hlokomela hore ka Semalagasy fane ea motho e tla pele ho lebitso.)
Har’a batho ba pele ba Madagascar ba ileng ba bontša thahasello ke moroetsana oa Momalagasy ea bitsoang Razanaboahangy Narcisse. Ka 1956, Narcisse o ile a lemoha banna ba babeli ba neng ba feta kamehla lebenkeleng leo a neng a sebetsa ho lona. Ka letsatsi le leng, e mong oa banna bana o ile a kena ka lebenkeleng ’me a reka lilae tse seng kae tsa nama ea kolobe e sehiloeng hasesaane. Hoba a tlohe, bohle ba neng ba sebetsa moo ba ne ba tšoere pampitšana ea Semalagasy—Bophelo Lefatšeng le Lecha. Narcisse o re: “Ke ne ke sa thahaselle molaetsa oo. Leha ho le joalo, ’Mè, ka ho tseba hore ke rata ho bala, o ile a nketsetsa peeletso ea makasine ea Tsoha! ka Sefora a ba a lumela hore ke tle ke khanneloe thuto ea Bibele, a sa nkōpa le ho nkōpa.” Narcisse o ile a qala ho ithuta le Lipaki, empa o ne a tšepile hore li tla mo tlohela hang ha li hlokomela hore ha a hlile ha a thahaselle. Leha ho le joalo, o ile a thahasella ho feta kamoo a neng a nahanne kateng qalong. Ha a ithuta seo Bibele e se buang ka moea ’me a utloisisa hore ho rapela balimo ho fosahetse, o ile a hlokomela hore o ithuta ’nete.
Ka 1959, Razanaboahangy Narcisse o ne a loketse hore a tšoantšetse boinehelo ba hae ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. Ka mor’a moo o ile a ngolisetsa tšebeletso ea nako e tletseng. Hamorao o ile a nyaloa ke Edouard Marlot. Joaloka mosebeletsi oa nako e tletseng, o ile a beha mohlala o motle oa ho mamella tšebeletsong.
Tšimo ea Mor’abo rōna Lisiak e bile Antananarivo ho fihlela qetellong ea tšebeletso ea hae e khethehileng Madagascar. O ne a e-na le maeto a ho boela le lithuto hohle. Batho ba bangata ba ne ba mo tseba e le vazaha (lekhooa) ea lekoroana. Hangata beng ba matlo ba ne ba pholla lihlooho feela, ’me u ne u tseba hore Adam o ne a le moo. Rasaona Gervais, mor’abo rōna e mong phuthehong e buang Sefora ea Antananarivo, oa hopola: “Mor’abo rōna Adam o ne a le pelo-telele empa a le leqoophe. Ha ke ntse ke ithuta, ke ne ke ee ke bolelle ba bang hore ba mo bolelle hore ha ke eo lapeng, empa Adam o ne a ee a khutle. Ho tloha qalong feela o ile a ’mema hore ke be teng libokeng, e leng hoo ke ileng ka ho etsa. O ne a tšepahala mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ’me o ile a nthuta hore le ’na ke hlaolele moea o joalo.”
Ka 1970, Barab’abo rōna Lisiak le Marlot ba ile ba boela ba abeloa ho ea sehlekehlekeng se haufi sa Fora sa Réunion. Hamorao Mor’abo rōna Lisiak o ile a khutlela Fora, moo a ileng a hlokahalla Marseilles ka January 1988. Edouard Marlot eena o Réunion le lelapa la hae.
Bo-pula-maliboho ba Eketsehileng ba Kenya Letsoho Mosebetsing
Ho ne ho etsoa ho hongata ho beha molaetsa oa ’Muso ka pel’a batho ba Madagascar. Banyalani ba bang ba tsoang Fora, e leng Antoine le Gilberte Branca, ba fihlile ka 1957 ’me ka mor’a moo ba ile ba sebetsa Antananarivo. Gilberte o ne a fumane lengolo sehlopheng sa bo24 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, ’me hamorao monna oa hae le eena o ile a kena Gileade. Ka mor’a hore morali oa bona Anna a hlahe ka 1961, ba ile ba lula hona moo kabelong ea bona. Simone Berclaz, ea neng a rutiloe ke Gilberte, Switzerland, le eena o ile a fallela Madagascar ho ea kenya letsoho mosebetsing.
Bo-pula-maliboho ba bang hape ba babeli, Florent le Henriette Chabot, ba ile ba tla Madagascar ka 1960 ba e-tsoa Fora ’me ba qala tšebeletso Diégo-Suarez (eo hona joale e bitsoang Antsiranana) Madagascar e ka leboea. Mor’abo rōna Chabot oa hopola: “Mehleng eo, ha bo-pula-maliboho ba ne ba tloha ha habo bona ba siea le malapa abo bona ho ea naheng e hōle, bongata ba bona bo ne bo nahana hore bo ke ke ba khutla pele ho Armagedone ’me ba ne ba lumelisa malapa abo bona la ho qetela. Ke kamoo re neng re ikutloa kateng hantle.”
Monna e mong eo Mor’abo rōna Chabot a ileng a ithuta le eena o qalile ho fumana ’nete ha a reka tsoekere. Mohoebi e mong oa Lechaena ea neng a entse peeletso ea Tsoha! o ne a phuthela thepa eo a e rekisang ka maqephe a eona. Na makasine eo e ne e lahloa? Ratsimbazafy Charles o ile a reka tsoekere ho monna eo. E ne e le ka leqepheng la makasine eo la ho qetela le neng le sothiloe hore le tsebe ho tšela. Charles o ile a bala phatlalatso ea buka ea “Hona Ke Hore Bophelo Bo-Sa-Feleng” eaba o ngolla lekala la Fora hore a fumane buka eo. Khabareng, Mor’abo rōna Chabot o ile a kopana le eena, a mo fa buka eo a ba a qala thuto ea Bibele. O ile a tsoela pele ka potlako ’me a qala ho ea libokeng.
Empa Charles o ne a lokela ho lokisa bophelo ba lelapa la hae. O ne a arohane le mosali oa hae ’me a phela le mosali e mong eo a bileng le bana le eena. Hore a amohelehe bakeng sa kolobetso ea Bokreste, ho ne ho hlokahala hore a nyale ka molao. (Baheb. 13:4) Le hoja a ile a qala mehato ea molao ka 1960, ka 1967 e ne e le hona ho qetoang litlaleho tsohle tse hlokahalang. Leha ho le joalo, mothating oo, holo ea motse ea Diégo-Suarez e ile ea cha lore!, ’me litokomane tsa Charles li ile tsa senyeha. (Moek. 9:11) O ile a tlameha ho qala fatše, empa lekhetlong lena ho ile ha mo nka selemo feela. Ba boholong ba ile ba khahloa haholo ke boikemisetso ba hae ba ho lumellana le melao ea bomolimo. Qetellong, o ile a tšoanelehela ho ba mohoeletsi oa ’Muso le ho kolobetsoa! Mosali oa hae le eena o ile a kolobetsoa. Charles o sebelelitse e le moholo Diégo-Suarez le Antananarivo.
Ho Loanela ho Ithuta Puo
Ka 1961, Laval le Irene Carbonneau, ba neng ba le mosebetsing oa potoloho karolong ea Canada e buang Sefora, ba ile ba fihla Madagascar e le baromuoa. Ba ile ba lula foleteng e ka tlaase ntlong e hahiloeng Semalagasy—e nang le kamore e nyenyane ea ho robala, ntlo ea ho jela e nyenyane, kichine e nyenyane, ntlo ea ho hlapela e nyenyane ea metsi a batang le foranta e nyenyane e koetsoeng. “Likhoto, litoeba le maphele li ne li nyanyaka ka tlung,” kamoo ho hopolang Mor’abo rōna Carbonneau. “Mosali oa ka o ile a li tloaela hoo a neng a tseba toeba e ’ngoe ka mohatla oa eona o bokopa. Neng le neng ha a ne a teana le eona, o ne a e bitsa ‘Mohlomphehi Morena’ ebe o kōpa tsela ka boikokobetso.”
Laval o ne a bua Sefora ’me mosali oa hae eena o ne a ithuta sona, e le hore ba tsebe ho bua le batho. Empa ho ne ho se joalo ka Raimo le Veera Kuokkanen, ba ileng ba fihla ba e-tsoa Finland bofelong ba January 1962. Ho ne ho le bonolo ho ba tseba ha ba theoha sefofaneng. Kaha ba ne ba tlohile Finland har’a serame sa mariha, ba ne ba roetse likuoane le liaparo tse ling tse morumo, tse mofuthu. Ho ne ho hlakile hore ho tla hlokahala liphetoho mochesong ona oa naha e chesang, e mongobo. Raimo o ne a bua Senyesemane eseng Sefora. Veera o ne a sa li bue bobeli ba tsona. Irene Carbonneau o ne a sebelisa Senyesemane ho ba ruta Sefora, kahoo Raimo o ne a tlameha ho tlosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe Senyesemaneng ho e isa Sefinisheng bakeng sa mosali oa hae. Leha ho le joalo, kaha Veera o ne a kene sekolo sa Seswedishe, sebopeho-puo se ne se tlameha ho hlalosoa ka sona. Ho thabisang ke hore le sona Seswedishe seo Raimo o ne a se tseba ho se hokae. Na ho utloahala ho le thata? Ho ne ho le joalo. Empa ka mor’a hoo e ka bang likhoeli tse peli, leseli le ile la qala ho hlaha. Ba ile ba qala ho lemoha mantsoe a mang a Sefora. Leha ho le joalo, leha ba se ba tseba Sefora, ba ne ba tlameha ho ithuta Semalagasy.
Lilemo tse seng kae hamorao, ha morupeli oa hae oa puo a se a le sieo, Mor’abo rōna Kuokkanen o ile a iphumana a toloka ka Sefora bakeng sa Malcolm Vigo, eo e neng e le molebeli oa libaka ea ba etetseng. Mor’abo rōna Kuokkanen o sa ntse a hopola hore eitse ha ho qotsoa Luka 9:62, o ne a sa tsebe lentsoe la Sefora bakeng sa “mohoma.” Ha a leka ho o hlalosa, bamameli ba ile ba tona mahlo ke ho makala hobane tlhaloso ea hae e ne e sa lumellane le tsela eo ho lengoang ka eona Madagascar, moo ho sebelisoang lipholo tsa mofuta oa zebu. Ketsahalong e ’ngoe ha a ne a leka ho bolela ka Sefora hore barab’abo rōna ba Malawi ba ne ba tšoarela liboka ka tlas’a sefate sa mango, o ile a ho hlalosa joalokaha eka phutheho kaofela e ne e hloeletse sefateng seo. O ile a tlameha ho ithuta ho tšeha le ba neng ba sitoa ho thiba litšeho.
Banyalani ba bang ba baromuoa, Samuel le Thelma Gilman, ba fihlile ka April 1962 ba e-tsoa United States. Sam o hopola hantle mathata a ho bua le batho ao a ileng a talimana le ’ona. “E le hore re tsitse lehaeng la rōna le lecha, re ne re hloka tšepe e telele eo re tla fanyeha liphahlo ka eona liotoropong tsa rōna. Kahoo, ’na le Mor’abo rōna Kuokkanen re ile ra ea lebenkeleng le haufi la thepa ea lintho tsa tšepe le k’honeng ho ea batla tšepe e bolelele ba limithara tse tšeletseng. Re ile ra sebelisa lentsoe le tsoang bukeng e nyenyane e hlalosang mantsoe eo re neng re tsamaea re e nkile. Ak’u nahane feela hore na ba neng ba le ka lebenkeleng ba ile ba re sheba joang ha re botsa hore na ba na le peipi—peipi ea ho tsuba—e bolelele ba limithara tse tšeletseng!”
Ho Eteloa ke ba Ntlo-khōlō
Ka thuso ea baboleli ba mose ho maoatle, palo ea ba phatlalatsang hore “Jehova o fetohile morena” e ile ea eketseha ho ea pele Madagascar. Selemong sa tšebeletso sa 1959 ho ile ha e-ba le tlhōrō ea bahoeletsi ba 41. Selemong seo N. H. Knorr, eo e neng e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society ka nako eo, o ile a etela Madagascar ka seqo ho ea khothatsa barab’abo rōna.
Lilemo tse ’nè hamorao ha Milton Henschel, mongoli oa Mor’abo rōna Knorr, a etela linaha tsa Afrika, Madagascar e ne e boetse e le har’a tse eteloang. O ile a lebisa tlhokomelo e khethehileng ho baromuoa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba mona. Bohle ba neng ba le teng ba ile ba khothala haholo. Mor’abo rōna Henschel o ile a ba phetela liphihlelo tsa mehleng ea ha e ne e sa le pula-maliboho. Pele selemo seo sa tšebeletso se fela, Madagascar e ile ea feta pakane ea bahoeletsi ba 100.
Ka mor’a boeti ba Mor’abo rōna Henschel, bara le barali babo rōna ba moo ba ile ba kōptjoa hore ba kenele tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng. Kaha e ne e le batala naheng ena, ba ne ba ka etella pele hamolemo mosebetsing oa ho bula masimo a macha. Andriamoara Félix e ne e le e mong oa sehlopha seo. O qalile mosebetsi oa hae oa bopula-maliboho bo khethehileng ka 1965. Ho tloha ka nako eo, o sebelitse e le molebeli ea tsamaeang ’me ka lilemo tse ngata e le setho sa lelapa la Bethele ea Madagascar. Le ka mor’a hore eena le mosali oa hae, Honorine, ba be le bana, o ’nile a tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka linako tse ling mosali oa hae o sebetsa Lefapheng la Phetolelo lekaleng.
Na ho chesehela ha bona mosebetsi oa Jehova ho tsoetse bana ba bona molemo? Morali oa bona, Miora, o nyetsoe hona joale, ’me eena le monna oa hae ba sebetsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Mora oa bona, Timoty, ea ntseng a le lapeng, o sebetsa e le pula-maliboho ea thusang nako le nako.
Ofisi ea Lekala ea Madagascar
Ha boboleli ba litaba tse molemo bo qala ho tsoela pele kamehla Madagascar ka 1955, mosebetsi o ne o hlokomeloa ke lekala la Mauritius. Ho tloha ka 1959 ho pholletsa le 1962, tlhokomelo e ne e tsoa lekaleng la Fora. Empa ho tloha ka 1963, Madagascar e bile le ofisi ea eona ea lekala. Raimo Kuokkanen o ile a khetheloa ho ba mohlanka oa lekala. Sethathong, o ne a khona ho hlokomela boholo ba mosebetsi oa kamehla a le mong.
Qalong ofisi ena e ne e le ntlo e hiriloeng e neng e boetse e sebetsa e le lehae la baromuoa. Leha ho le joalo, ntlo eo e ne e sa tšoanelehe. Ka mor’a hore baromuoa ba fallele ho eona, batho ba bang ba sebaka seo ba ile ba botsa hore na ha ba tšabe ho lula ka ntlong e pōkang. Ha ho pelaelo hore lintho tse makatsang li ne li etsahala ntlong eo. Ha re tea mohlala, ha banyalani ba bang bao e neng e le baromuoa ba bona hentlele ea lemati la bona e sotheha, ba ile ba bula lemati ho bona hore na ke mang ea moo, empa ho ile ha bonahala ho se na motho phasejeng. Baromuoa ba ile ba fumana hore pele ho bona, ho na le selaoli se sebelisoang ke meea se neng se lula kamoreng eo. Ba ile ba phenyekolla ho bona hore na ho na le ntho e setseng eo meea e neng e e sebelisa. Monyakong oa kamore ea bona ho ne ho e-na le chelete ea tšepe e khokhotheletsoeng ka thata. Mor’abo rōna o ile a e khokhotholla ka thata. Ka mor’a moo, liketsahalo tsena tse makatsang li ile tsa khaotsa.
Ha mong’a ntlo a botsoa ka boemo bona, o ile a lumela: “Ke ’nete hore ntlo ena ea pōka, empa ke ile ka nahana hore kaha le baromuoa ’me le batho ba Molimo, ha ho letho leo le neng le tla le tšaba.”
Ho Etsoa Lingoliloeng ka Semalagasy
Ha mosebetsi oa ho bolela o ntse o tsoela pele, ho ne ho hlokahala lingoliloeng tse eketsehileng ka puo ea Semalagasy. Ho fihlela ka 1963 ho ne ho e-na le lipampitšana tse seng kae feela, tse kang Life in a New World le Hell-Fire—Bible Truth or Pagan Scare? Bukana ea “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso,” e neng e hatisitsoe ka 1959, le eona e ne e le teng. Batho ba rutehileng haholo ba ne ba bua ba bile ba bala Sefora, kahoo, bahoeletsi ba ne ba sebelisa lingoliloeng tsa puo eo. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le batho ba bangata ba neng ba thabela ho bala puo ea habo bona.
Ha ho fanoa ka tumello ea hore Molula-Qhooa o etsoe ka Semalagasy, lekala le ne le hloka thuso e eketsehileng. Rasoamalala Louise, morali’abo rōna oa Momalagasy, o ne a fetolela ho tloha Seforeng. O ne a sebeletsa lapeng habo, ’me o ne a ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka letsoho. Lekaleng, Veera Kuokkanen o ne a thaepa boitsebiso bo fetoletsoeng stenseleng, ’me barab’abo rōna ba ne ba hatisa ka mochine o kopitsang stenseleng.
Tokollo ea pele ea Molula-Qhooa oa Semalagasy, e lokolotsoeng ka September 1963, e bile likopi tse ka bang 600 ka kakaretso. Ka nako eo e ne e hatisoa hang ka khoeli ’me e akarelletsa lihlooho tse ithutoang feela. Bahoeletsi ba ile ba nyakalla. Ba ile ba fumana lipeeletso tse makholo nakong ea phutuho ea pele ea peeletso ha ho ne ho sebelisoa tokollo ea Semalagasy. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, lekala le ne le ntša likopi tse 3 000 ka stensele khoeli le khoeli. Barab’abo rōna ba bararo ba ne ba suthelana hoo e ka ’nang ea e-ba motšehare le bosiu ha ba sebelisa mochine o kopitsang stenseleng.
E mong oa bara bana babo rōna oa hopola: “Re ne re hloka bonyane listensele tse khomaretsoang tse 16 bakeng sa tokollo ka ’ngoe ea Molula-Qhooa. Bakeng sa makasine e le ’ngoe re ne re kolohanya lipampiri tse robeli, tse hatisitsoeng ka mahlakoreng a mabeli. Sena se ne se bolela ho hatisa lipampiri tse 24 000 hore ho tsoe likopi tse 3 000 tsa Molula-Qhooa. Re ne re e-ba le liqubu tse robeli kapa ho feta tsa maqephe a hatisitsoeng tse aliloeng tafoleng, ’me re ne re e-ea le tsona ka makhetlo a 3 000, re bokella maqephe ao ka bonngoe. Ka mor’a moo lipampiri tsena li ne li qhoaelloa hammoho ka seteipolara se senyenyane. E, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e etsoa ka letsoho.”
Ka mor’a nako, Mokhatlo o ile oa lokisetsa hore lekala la Switzerland le hatise Molula-Qhooa oa Semalagasy. Hona joale o hatisoa habeli ka khoeli Brithani ’me ho tsamaisoa likopi tse 26 000. Ka ho o sebelisa, Lipaki tsa Jehova tsa Madagascar li ja lijo tsa moea tse tšoanang le tsa balumeli-’moho le tsona ba lefatšeng lohle.
Mosebetsi oa ho fetolela o ile oa tsoela pele butle-butle. Likhoeli tse tharo ka mor’a ho lokolloa ha Molula-Qhooa ka Semalagasy, Lipaki tsa moo li ile tsa fumana le buka ea ho ithuta Bibele ea “’Nete e be ea Molimo” ka leleme la habo tsona. Rakotomaro Justin, pula-maliboho ea khethehileng ea neng a sebetsa haholo ho thusa ba bang ho ithuta ’nete, ha a fumana buka ena, o ile a e kakatlela ka nako e telele a thotse tu! eaba oa khotsa: “Jehova o molemo hakaakang! O re file buka ena.” Bo-pula-maliboho ba ile ba li nka ka mabokose e le hore ba ka li siela batho ba lapileng moeeng.
Ho Eta ka Moea le Balebeli ba Potoloho
Qalong ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela sehlekehlekeng sena sohle. Empa ha mahae a macha a boromuoa a ntse a buloa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ntse ba isoa libakeng tse sa tšoaneng, ho ile ha thehoa tse eketsehileng. Selemong sa tšebeletso sa 1964, ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse peli. E le hore ho thusoe liphutheho tse tharo tse neng li sebetsa ka nako eo, lekala le ile la lokisetsa hore li eteloe ke molebeli oa potoloho, Laval Carbonneau, hammoho le mosali oa hae, Irene. Ba ne ba tsamaea ka terene. E ne e le phihlelo e tsotehang—e thabisang. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng, ba ile ba utloa ntho e ba kobola maotong. E ne e le khantši e tsamaeang ka tlas’a benche, e neng e batla hore ho tsejoe hore e teng.
Ha ba ha Carbonneau ba lokela ho tloha Madagascar ho ea hlokomela boikarabelo ba lelapa, Raimo Kuokkanen o ile a kenela mosebetsi oa potoloho. Neng le neng ha ho khoneha, eena le mosali oa hae, Veera, ba ne ba tsamaea ka terene. Lipakeng tsa metse e lebōpong la leoatle, ho ne ho sebelisoa liketsoana tsa baeti. Ka linako tse ling ba ne ba tlameha ho tsamaea ka ‘taxi-brousses,’ kapa ‘litekesi tsa mahaeng,’ tse nkang batho ba 15, empa kamehla li ne li tlala tsoete! Maeto ao e ne e le a qalang hoseng haholo ’me a tsoela pele ho fihlela bosiu. Nakong ea lipula, ha litekesi tsa mahaeng li sitoa ho tsamaea, ba ha Kuokkanen ba ne ba tsamaea ka sefofane. Empa ho ne ho se letho le ikhethang hakaalo. K’hamphani ea moo ea lifofane e ne e e-na le lifofane tsa khale tsa DC-3, ’me mabala ao li tlohelang ho ’ona e ne e le joang feela. Ho etela lihlopha tse sa tšoaneng e ne e le menyetla ea ho khothatsana ho mofuthu ha moea.
Ka nakoana Mor’abo rōna Kuokkanen o ile a sebeletsa e le molebeli oa potoloho le oa setereke. Hape, ka lebaka la tlhokahalo, o ne a tlameha ho sebetsa mangolo a potoloho le a setereke lekaleng. Empa o ile a sebetsa ka thata ho koetlisa barab’abo mona. Ka mor’a nako, pula-maliboho ea khethehileng oa moo, Rajaobelina Célestin, o ile a tšoaneleha hore e ka ba molebeli oa potoloho oa pele oa Momalagasy.
Mahindu a Sokolohela Borapeling ba Jehova
Ha mosebetsi oa ho bolela o ntse o tsoela pele, ho ile ha teanoa le batho ba mefuta eohle. (1 Tim. 2:4) Baromuoa ba ne ba tsamaisa libuka le limakasine tse ngata ho batho ba Asia ba neng ba e-na le likhoebo motse-moholo. E mong oa bona e ne e le Dirajlal Bagvandjee, Mohindu e monyenyane ea tsejoang e le Dirou. Ha moromuoa a ne a fihla lebenkeleng la hae ka limakasine, o ne a li nka ka thabo. Eitse ha malom’ae a hlokahala ka 1963, Dirou o ile a qala ho ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa, hona boemo ba bafu ke bofe?’ O ile a ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore motho ea molemo joalo a shoe. O ile a boela a ipotsa hore na ho na le tšepo efe ea hore ba shoeleng ba tla bonoa hape.
Nakoana ka mor’a moo, Simone Berclaz o ile a teana le eena ha a ntse a paka ka ntlo le ntlo. Ha a mo etetse hape, o ile a sebelisa Bibele hore a arabele lipotso tsa hae ka boemo ba bafu le ho mo hlalosetsa tšepo e babatsehang ea tsoho. (Moek. 9:5; Lik. 24:15) Qalong o ne a ferekane hobane o ne a leka ho e lumellanya le tumelo ea hae ea Sehindu ea hore meea ha e shoe le hore e kena linthong tse ling. Tumelo e joalo ha e fane ka tšepo ea letho ea hore motho a ka boela a bona baratuoa ba shoeleng. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a hlophise ntho e ’ngoe le e ’ngoe, Dirou o ne a ka bona kamoo tšepo ea Bibele ea tsoho e babatsehang kateng.—Joh. 5:28, 29.
Ka mor’a libeke tse seng kae Dirou a ntse a ithuta Bibele, o ile a qala ho ea libokeng. Joale khanyetso e ile ea hlaha, haholo ea ntat’ae le ea metsoalle. Ho ntse ho le joalo, qetellong Dirou o ile a phetha ka hore “Bibele ea utloahala le hore kannete ke Lentsoe la Molimo.” Selemong se latelang o ile a inehela ho Jehova ’me a kolobetsoa.
Leha ho le joalo, ntat’a Dirou o ile a tsoela pele ho hanyetsa ’me a romela baruti ba babeli ba Maprostanta hore ba e’o mo kholisa hore o lokela ho khutlela bolumeling ba batsoali ba hae. Ha Dirou a ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba sa ka ba ruta ntat’ae ’nete ka sebe, lefu le thekollo, baruti bana ba ile ba beha lebaka la hore molao oa bohlano o laela motho hore a hlomphe ntat’ae le ’m’ae. Dirou o ile a ba botsa hore na e ne e tla ba ho nepahetseng ho eena hore a hlomphe molao oa bohlano—a ee ka litakatso tsa ntat’ae—’me ka ho etsa joalo a hlompholle molao oa pele oa Molimo oa hore a se ke a rapela melimo e meng. Baruti bana ba ile ba sitoa ho araba, eaba baa ikela. Ho latelang, ba ile ba ea ofising ea lekala eaba ba kōpa Lipaki hore li kholise Dirou hore a khutlele bolumeling ba ntat’ae. Dirou o re: “Ha ke bona boikaketsi bona, tumelo ea ka e ile ea tiea le ho feta.”
Ka mor’a moo, ntat’ae o ile a ea batla thuso ho maselamose le bo-ralipolotiki, hoo ka mor’a hona a ileng a ngola taba e etselletsang Lipaki koranteng ea ha habo, eaba o khaotsa ho buisa Dirou. Batsoali ba Dirou ba ne ba e-na le bara ba bahlano le barali ba bararo, ’me lelapa kaofela le ne le nahana hore bolumeli ba Dirou bo senya likamano tsa bona ka lapeng. Leha ho le joalo, Dirou o ne a kholisehile hore ntho ea pele eo a tlamehang ho e etsa ke ho mamela Molimo.—Mar. 12:28-31.
Ka February 1967, Dirou e ile ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng, ’me selemong se latelang a nyala Simone. Ka mor’a hore maemo a ba qobelle ho tloha Madagascar ka June 1970, ba ile ba sebetsa Kenya ka lilemo tse tharo ’me ka mor’a moo ba sebetsa India hoo e ka bang ka lilemo tse 20. Ha a le India o ile a sebetsa e le setho sa Komiti ea Lekala.
Fela ho ile ha etsahala’ng ka lelapa labo Dirou? Ka mor’a nako ntat’ae o ile a qala ho bala Bibele le lingoliloeng tsa Bibele, ’m’ae o ile a sekamela ’neteng ea Bibele, ’me banab’abo hammoho le bana ba bona ba ile ba fetoha Lipaki tse kolobelitsoeng. Kaofela, batho ba 16 ba lelapa labo ba ile ba fetoha barapeli ba Jehova. Ba bang ba sebetsa lekaleng la Madagascar, ba bang ba thusa mererong ea machaba ea kaho. Lelapa la ha Bagvandjee ke mohlala oa litholoana tse ntle Sehlekehlekeng sena se Seholo se Sefubelu se behang haholo moeeng.
Baromuoa ba Rala Motheo
Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa tsoela pele ho romela baromuoa ho ea thusa ho boleloeng ha litaba tse molemo Madagascar. Ba bang ba bona ke Margarita Königer le Gisela Hoffmann, baralib’abo rōna ba Majeremane ba tlileng mona ka March 1966. Morali’abo rōna Hoffman o re bolella maikutlo a hae tjena: “Madagascar ke sebaka seo ho renang khotso ho sona, se hōle haholo le bophelo ba ho hlanasela ba Europe le Amerika. Ntho ea pele e ileng ea ’makatsa ke lekhala la letonanahali. Haeso koana ke ne ke le lemme lipitsaneng tsa lipalesa, ’me ke ne ke le motlotlo ha le hōla hore le be bolelele ba lisenthimithara tse 15. Empa mona teng ke ne ke le bona le phahame joaloka matlo! Ha re khutla sebokeng sa rōna sa pele mantsiboea, ke ile ka bona linaleli li le haufi ho feta kamoo ke neng nkile ka li bona kateng pele. Mona re ile ra qala ho phela bophelo bo bonolo.”
Barali bana babo rōna ba ile ba phakisa ba bona hore baahi ba mona ba mofuthu haholo ebile ba na le moea oa ho amohela baeti. Morali’abo rōna Königer o itse: “Re ile ra fumana batho e le ba rutehileng. Esita le bona bo-nkhono ba metseng koana ba ne ba rata ho bala Bibele le lingoliloeng tsa Bibele. Ba ne ba rata ho fumana libuka ka lihlahisoa. Bana ba ne ba re mathela ho tla nka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka reise.” Barali bana babo rōna ba babeli hammoho le ba ha Branca ba ile ba qalisa mosebetsi oa boboleli Fianarantsoa ba ba ba matlafatsa le sehlotšoana se Ambositra. Metse ena bobeli ba eona e ka boroa ho Antananarivo.
Ho ne ho boetse ho e-na le baromuoa ba bang ba sebete ba ileng ba qalisa masimo a macha. Hugh Haisley le Thomas Baynes, ba ne ba sebetsa Toliara, motse o lebōpong la leoatle karolong e ka boroa ea Madagascar. Mary Dolinski oa Canada o sebelitse Taolanaro le Edouard le Narcisse Marlot.
Ka 1961, ha ho ne ho romeloa baromuoa ba pele Madagascar, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka holimonyana ho 75 feela ba tlalehang. Ka 1970, ka mor’a lilemo tse ka bang leshome tsa ho etsa barutuoa, baromuoa bao ba ile ba thabela tlhōrō ea bahoeletsi ba 469—keketseho ka karolo ea 525 lekholong! Empa ba ne ba okametsoe ke leru le letšo. Ho tloha ka 1967, baromuoa ba bacha ba ne ba se ba sa lumelloe ho kena Madagascar.
Khathatso e ile ea qhoma ka 4:00 thapama ka la 5 June, 1970. Mapolesa a Tšireletso a ile a ea lekaleng ’me a bolella Samuel Gilman hore baromuoa bohle ba ne ba lokela ho itlaleha Sepoleseng sa Tšireletso ka letsatsi le hlahlamang. Baromuoa ba neng ba le motse-moholo ka nako eo—Barab’abo rōna Gilman, Kuokkanen, le Lisiak—ba ile ba hlaha ka pel’a molaoli oa Sepolesa sa Tšireletso. Ka mantsoe a seng makae feela, ba ile ba bolelloa hore baromuoa bohle ba Lipaki tsa Jehova ba tlameha ho tsoa ka hare ho naha hang-hang, ka sefofane hona bosiung boo! Ba ile ba bolelloa: “Le se ke la batla lebaka hobane le ke ke la le fumana, kenang tseleng hona joale.” Ba bang ba ne ba fumane mangolo a tumello ea ho lula lilemo tse tharo matsatsing a seng makae a fetileng. Ha ba bolela hore mangolo ao a tumello a sa ntsane a sebetsa, mookameli o ile a ba kōpa hore ba fane ka liphasepoto tsa bona. Mangolong ao a tumello o ile a tempa Annulé (E Nyopisitsoe), eaba barab’abo rōna ba bolelloa hore joale ba lutse ntle ho tumello ka hare ho naha.
Baromuoa bao ba ile ba hlōleha ho tsamaea bosiung boo. Mantaha hoseng ba ile ba ea liofising tsa boemeli tsa linaha tsa habo bona ho ea kōpa thuso. Leha ho le joalo, ka Moqebelo, ka la 20 June, 1970, baromuoa kaofela ba 20 ba ile ba tlameha ho tsoa ka hare ho naha. Boholo ba bona ba ile ba ea Kenya. Bao e leng baahi ba Fora ba ile ba ea Réunion, eo e leng sebaka sa Fora. Bara le barali babo rōna ba Madagascar ba ile ba hlaha ka makhalo ’ohle ho tla ba lakaletsa tsela-tšoeu. Lipaki tsa moo li ne li lla, baromuoa le bona ba ne ba lla. Ba bang ba bona ba ne ba bile Madagascar ka lilemo tse ngata, ’me e ne e le lehae la bona.
Ha baromuoa ba ntse ba le Madagascar, ba ile ba leka ho ruta batho ho haha tumelo ea bona Lentsoeng la Molimo, ho beha tšepo ea bona ho Jehova le ho utloisisa karolo ea Jesu Kreste morerong oa Molimo. (1 Bakor. 3:5-14) Ke hantle hore ebe sebokeng sena sa ho qetela pele ba tloha ka hare ho naha, Florent Chabot o ile a re: “Haeba le fetohile balateli ba baromuoa, le tla sitoa ho tsoela pele le le Lipaki tsa Jehova ha ba tsamaile. Empa haeba le fetohile Lipaki tsa Jehova, leha baromuoa ba se ba ile, le tla ’ne le be Lipaki tsa Jehova.”
Thibelo
Thibelo ea Lipaki tsa Jehova e ile ea phatlalatsoa ka la 8 August, 1970, ho Official Journal of the Malagasy Republic. Ho ne ho tla etsahala eng ka Lipaki tsa Bamalagasy? Ha Letona la Litaba tsa ka Hare le botsoa potso eo, le ile la re: “Le se ke la tšoenyeha. Ha baromuoa ba tsamaea, re tla bona hore na re etsa’ng ka tsona.” Eaba ka letsoho o etsa eka o pshatla ho hong.
Leha ho le joalo, ka lehlohonolo Lipaki tsa moo ha lia ka tsa hlorisoa ka sehlōhō. Empa, bara le barali babo rōna ba moo ba ile ba ikutloa joang ha baromuoa ba lelekoa? Ravelojaona Rahantamalala, ea neng a tsebile baromuoa ho tloha ha e le ngoananyana, o ile a re: “Ha baromuoa ba ne ba tlameha ho tsamaea, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba nyahame. Ba bang ba ne ba se ba sa batle ho tsejoa e le Lipaki tsa Jehova.”
Tlaleho ea selemo ea selemo sa tšebeletso sa 1971 e ile ea bontša hore palo ea bahoeletsi e theohile ka karolo ea 12 lekholong. Ho hlakile hore ba bang ba ile ba inehela tšabong ea motho ’me ba khaotsa ho bolela litaba tse molemo. (Liprov. 29:25) Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba bontša hore tumelo ea bona e ne e le matla. Ka selemo sa boraro, Madagascar e ile ea qala ho ba le keketseho hape.
Qalong, liboka li ne li tšoareloa libakeng tse sa tšoaneng malapeng a barab’abo rōna, ho e-ba teng malapa a mararo kapa a mane. Palo ea ba bang teng libokeng e ile ea ’na ea eketseha butle-butle. Sebakeng sa Manakambahiny sa Antananarivo, Morali’abo rōna Ravelojaona o ile a bula lehae la hae hore e be sebaka sa liboka. Ka thuso ea Jehova, le linakong tsa meruso ea sechaba, ha ho letho le lebe le ileng la etsahala. Moralia’bo rōna Ravelojaona o re: “Bonyane ho ile ha thehoa liphutheho tse leshome ka sehlotšoana seo sa Manakambahiny. Jehova o ile a hlohonolofatsa boboleli ba rōna le boiteko ba ho etsa barutuoa ka lilemo tseo tsohle tsa ho thibeloa.”
Ho Koetlisetsoa Bolebeli
Ho ile ha thehoa komiti e tla thusa mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova moo ’me hape e le e tla bua litaba le Sehlopha se Busang. Boikarabelo ba mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso Madagascar bo ile ba behoa mahetleng a Lipaki tsa moo. Nakong ea ho thibeloa, barab’abo rōna ba ne ba sebelisa lebitso le iqapetsoeng la Ineny, e bolelang “’Mè,” ha ba bua ka Mokhatlo. Hantle feela ka mor’a hore thibelo e kene tšebetsong, Ineny o ile a fana ka thuso e hlokahalang. Joang?
Milton Henschel ea tsoang ntlo-khōlō o ile a etela Madagascar e le molebeli oa libaka. O ile a etsa litokisetso tse tobileng tsa ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa barab’abo rōna ba Bamalagasy. Bara ba babeli babo rōna ba ikarabellang ba ile ba mengoa hore ba etele ntlo-khōlō ea mokhatlo o bonahalang oa Jehova ho ea koetlisoa. Ho sa tsotellehe mathata a puo, ba ile ba rua molemo o moholo, ’me ba tšoaneleha haholoanyane bakeng sa mosebetsi o neng o larile ka pele.
Ho hong hoo Mor’abo rōna Henschel a ileng a ho buella ke hore pula-maliboho e mong ea khethehileng oa Momalagasy a ee Sekolong sa Gileade. Sena se ne se tla mo hlomella hore a etse ho eketsehileng ho etella pele mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ho ile ha khethoa Andriamasy Théodore, mohlankana ea neng a bua Senyesemane hantle le ea neng a ile a thusa ho fetolela mangolo. Mabapi le koetliso eo a ileng a e fumana Gileade, o re: “E ne e le koetliso e matla ea Bibele ea likhoeli tse hlano e ileng ea haha ka ho ’na mekhoa e metle ea ho ithuta. Ho sebetsa halofo ea letsatsi mafapheng a sa tšoaneng a Bethele ho ile ha mpha menyetla e mengata ea ho bona kamoo mokhatlo o bonahalang oa Jehova o sebetsang kateng. Botsoalle le bara le barali beso ba tlotsitsoeng ke e ’ngoe ea liphihlelo tse putsang haholo eo ke bileng le eona Gileade. Ke ile ka ithuta ho hongata ho faneng ha bona ka seatla se bulehileng, kamohelong ea bona e mofuthu ea baeti le boikokobetsong ba bona.”
Hoba Mor’abo rōna Andriamasy a khutle Gileade, o ile a abeloa ho ea tšimong e le hore a sebelise hamolemo seo a neng a ithutile sona. Koetliso eo a neng a e fumane e ile ea tiisa tumelo ea hae le ho mo nolofaletsa hore eena a matlafatse barab’abo ba Bakreste nakong ea lilemo tseo tse boima. O sa ntsane a sebetsa ka nako e itseng likabelong tse sa tšoaneng lekaleng. Morao tjena o ’nile a ruta baromuoa ba bacha puo ea Semalagasy.
Mosebetsi o Tsoela Pele ho sa Tsotellehe Thibelo
Lipaki tsa Jehova li ile tsa sebetsa li patile mohoasa nakong ea thibelo, empa li ile tsa tsoela pele ka borapeli ba ’nete. Tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa e ne e fetoleloa ntle ho tšitiso. (Esa. 65:13) Li ne li kopanela malapeng hore li khothatsane. (Baheb. 10:23-25) Balebeli ba potoloho ba ne ba etela liphutheho; ho ne ho hlophisoa likopano tsa setereke le tsa potoloho, lipokano tse khōlō le tsona li ne li tšoareloa ka ntle merung. Libakeng tseo, hōle le metse e meholo, ka linako tse ling ho ne ho e-ba teng ba bangata hoo ba ka bang 1 500. Ka 1972, ho ile ha buloa ofisi le depo foleteng e hiriloeng. Mor’abo rōna ea ikarabellang ea tsoang phuthehong ka ’ngoe liphuthehong tse 11 tse neng li le teng ka nako eo, o ne a lata lingoliloeng depong. Mor’abo rōna Andriamoara, ea neng a hlokometse depo eo ka nakoana, o hopola hore barab’abo rōna ba ne ba tsamaea ba nkile mabokose a lingoliloeng ba sa a pata, mahlong a baahelani.
Lilemong tse seng kae tsa pele tsa thibelo, Lipaki li ne li le seli haholo. Ka linako tse ling li ne li ikutloa eka li lisitsoe ke sepolesa le hore li setsoe morao. Ka lebaka leo boholo ba nako li ne li paka ka mokhoa o sa reroang. Ha ho ne ho eteloa batho ka ntlo le ntlo, li ne li kena ntlong e le ’ngoe bolokong bo le bong ebe joale li ea ntlong e ’ngoe ho bo bong. Ho e-na le ho nka lingoliloeng ka mekotlana ea libuka, li ne li sebelisa mekotla e tšelang lijo kapa libaskete, e le hore ho bonahale eka li ea ’marakeng. Leha ho le joalo, ka nako e ngata, li ne li khona ho tšoara lithuto tsa Bibele li sa khathatsoe. Mor’abo rōna Rakotojaona, ea sebetsang lekaleng le mosali oa hae Lea hona joale, o hopola hore ha a qala ho ithuta ka 1972, o ne a tšoareloa thuto ho se boiteko ba letho ba ho ipata.
Ebe e ne e le ho ba Hlokolosi ho Tlōla?
Ineny o ile a tsoela pele ho etsa litokisetso tsa ho eta ha balebeli ba libaka. Litokisetso tsena tse lerato li ile tsa khothatsa bara le barali babo rōna le ho ba thusa ho sebetsa boemo ba bona ka mokhoa o molemo. Ka mohlala, ka 1973 ha André Ramseyer a etela Madagascar, o ile a lemoha hore barab’abo ba hlokolosi ho tlōla. Mor’abo rōna Andriamoara o hopola kamoo Mor’abo rōna Ramseyer a ileng a beha taba kateng: “Na ho na le ea kileng a kena chankaneng moo kahobane e le e mong oa Lipaki tsa Jehova? Che. Na le bile le mathata a mang? Che. Kahoo, e ka ’na eaba le hlokolosi ho tlōla. Na mohlomong hase ho ba hlokolosi ka mokhoa o feteletseng? Ha rea lokela ho ba boi.” Ketelo eo e ile ea re thusa hakaakang! Lipaki tsa moo li ile tsa qala ho paka pooaneng le ka sebete ho tloha ka eona nako eo. Ka lebaka leo, selemong sa tšebeletso sa 1974, ho ile ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 613, e leng palo e neng e phahame ka karolo ea 30 lekholong ka holimo ho tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa e kileng ea tlalehoa pele mosebetsi o thibeloa!
Re Amoheloa Hape ka Molao
Ho ea bofelong ba 1983, barab’abo rōna ba ile ba kenya kōpo ea hore mosebetsi oa bona o ngolisoe ka molao, ’me sena ba se etsa ka lebitso la mokhatlo o mong oa moo oa setso. Ka la 24 February, 1984, ba ile ba fela ba ngolisoa ka molao, empa sena se ne se sa bolele hore Lipaki tsa Jehova ha li sa thibetsoe. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo ka lebaka la phetoho ena e ncha. Mosebetsi oa tšimo o ile oa eketseha, ’me ho ile ha finyelloa litlhōrō tse peli tse khethehileng ka April—bahoeletsi ba 1 708 ba ile ba tlaleha mosebetsi oa tšimo ’me ba 8 977 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong. Kahoo, palo ea bahoeletsi e ne e eketsehile ka karolo ea 264 lekholong ’me ba bang teng Sehopotsong ba eketsehile ka karolo ea 606 lekholong.
Le hoja ba ne ba ngolisitsoe ka molao e le mokhatlo oa setso, ka 1993 barab’abo rōna ba ile ba kenya kōpo ea hore Lipaki tsa Jehova li ngolisoe ka molao e le mokhatlo oa bolumeli. Likhoeli tse seng kae hamorao, ka la 4 October, 1994, ba ile ba fela ba ngolisoa ka molao. Thabo e bile e kaakang! Joale ba ne ba ka boela ba tsejoa hohle e le Lipaki tsa Jehova.
Thuso e Eketsehileng ea Machaba
Leha ho le joalo, le pele ho mona, ka 1987 ho ile ha buleha monyetla oa hore baromuoa ba khutlele Madagascar. Ka September 1991 ba ha Kuokkanen, ba neng ba ntse ba sebetsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng Helsinki, Finland, ba ile ba fihla hape Madagascar, ’me Mor’abo rōna Kuokkanen o ile a khethoa e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala. Mor’abo rōna Kuokkanen o re: “Madagascar e ne e fetohile. Ba bang ba bara le barali babo rōna bao re neng re ba tsebile pejana ba ne ba ntse ba phela, empa ba bangata ba ne ba shoele. Bahoeletsi ba bangata ba ne ba le bacha ’neteng.” Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ofising. Leha ho le joalo, e bile thabo e kaakang ho bona tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 4 005 ka August 1991!
Dirajlal Bagvandjee le mosali oa hae, Simone, ba neng ba lelekiloe le ba bang ka 1970, le bona ba ile ba kōptjoa hore ba khutlele Madagascar. Kaha Mor’abo rōna Bagvandjee o tseba ho buella ntho ka katleho, o thusa lekala ho fumana liphemiti, lipampiri tsa thepa e kenang le e tsoang ka hare ho naha, le litokomane tse ling tsa molao. O ’nile a sebetsa e le setho sa Komiti ea Lekala ea Madagascar ho tloha ka 1992. Hangata ba boholong baa makala ha Moindia, eo e neng e le Mohindu, a bua ka Jehova, Jesu Kreste le ’Muso oa Molimo.
Mehaho ea Lekala e Mecha
Esale ho thehoa lekala ka September 1963, ho sebelisitsoe mehaho e libakeng tse fapa-fapaneng. Ho tloha ka 1972 ho fihlela ka 1987, folete e ne e lekane hore e be ofisi le depo ea lingoliloeng. Hamorao ho ile ha hiroa ntlo e khōloanyane. Lilemong tseo, litho tsa Komiti ea Lekala, tse neng li e-na le malapa ao li lokelang ho a hlokomela, li ne li etsetsa boholo ba mosebetsi oa tsona malapeng.
Leha ho le joalo, ha thuto ea Bibele e atoloha Madagascar, ho ne ho hlokahala mehaho e molemo bakeng sa mosebetsi ona. Ho ile ha rekoa setša hoo e ka bang lik’hilomithara tse hlano ho tloha Boema-fofane ba Machaba ba Ivato. Lilemo tse tharo hamorao, ka April 1993, mosebetsi oa ho haha o ile oa qaleha ka thuso ea barab’abo rōna ba tsoang mose ho maoatle. Walter Elkow, Mocanada ea nang le phihlelo e ngata mosebetsing ona, o ile a tla ho tla okamela mosebetsi ona oa likhoeli tse 30. Bahlanka ba bang ba machaba ba ile ba latela, ’me baithaopi ba bangata ba machaba ba ile ba itefella lipalangoang ho tla thusa mohahong ka likhoeli tse tharo kapa ho feta. Nakong eo lihahi li neng li le ngata ka ho fetisisa, ke ha basebetsi ba machaba le ba moo ba ne ba le 110. Mafelong a beke, palo ea baithaopi e ne e eketseha ha bara le barali babo rōna ba tsoang liphuthehong tsa moo ba tlile ho tla thusa.
Ho ne ho khothatsanoa. Le hoja boholo ba basebetsi ba machaba bo ne bo sa bue puo ea moo, bara le barali bana babo rōna ba hōlileng moeeng ba ne ba beha mohlala o motle mosebetsing oa tšimo. Ka mohlala, David Smith, ea ileng a thusa ka lilemo tse peli e le setei sa mechine e meholo, o ne a sa tsebe ho bua Semalagasy, empa o ne a tseba hore Molula-Qhooa le Tsoha! tsa Semalagasy li ka fana ka bopaki bo botle. Kahoo, ka pososelo, o ne a ema seterateng a tšoere limakasine ka letsoho le leng empa ka le leng a bontša hore na monehelo ke bokae. O ne a ee a tsamaise limakasine tse ngata hoo li ka bang 80 ka letsatsi.
Mehaho ena ea lekala e metle ke mpho e tsoang ho Jehova e le ruri! Ha lekala lena le ne le neheloa ka la 7 December, 1996, ho ile ha mengoa batho ba khale ba 668 hore ba be teng. E bile ketsahalo e thabisang hakaakang! Ka letsatsi le hlahlamang, ba 7 785 ba ile ba e-ba teng puong e khethehileng e neng e tšoaretsoe lebaleng le bitsoang Gileada. E ne e tšoaretsoe moo hobane’ng? Sebaka sena se hōle le lekala ka hoo e ka bang lik’hilomithara tse tšeletseng, se ne se reketsoe ho tla haha Holo ea Kopano. E ne e le pono e ntle hakaakang—leralla le tletseng bara le barali babo rōna ba apereng liaparo tsa bona tse ntle ka ho fetisisa le ba tšoereng likhele tse mebala-bala ho itšireletsa letsatsing!
Palo a Eketsehang ea Bahlanka ba Nako e Tletseng
Kaha bo-pula-maliboho ba pele ba Bamalagasy ba qalile mosebetsi oa bona oa nako e tletseng ka 1960, palo ea basebetsi bana ba khothetseng e ’nile ea eketseha butle-butle selemo le selemo. Hona joale ke hoo e ka bang mohoeletsi a le mong oa ’Muso ho ba tšeletseng Madagascar ea leng mosebetsing oa bopula-maliboho. Bara le barali babo rōna ba bangata ba bacha ba o entse mosebetsi oa bona oa bophelo. E le hore ho matlafatsoe bo-pula-maliboho, ka 1979 ho ile ha thehoa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho Madagascar, joalokaha ho ne ho entsoe linaheng tse ling. Andriamasy Théodore le Andriamoara Félix, ba neng ba bile mosebetsing oa nako e tletseng ka lilemo tse ngata, e ne e le bona barupeli. Ho tloha ka nako eo, bo-pula-maliboho ba makholo ba ruile molemo thupelong ena e laeang.
Taba e ’ngoe e tšohloang halelele sekolong sena e amana le ho thahasella batho ba bang. Bo-pula-maliboho ba bangata ba nkile seo ka botebo. Ka mohlala, ka 1998 ha Randriamampianina Niaina le mosali oa hae, Veroniaina, ba fuoa kabelo ea ho ea torotsoaneng e bitsoang Soanierana-Ivongo e lebōpong le ka bochabela, ba ile ba bona hore ho thahasella batho ka tsela e joalo hoa hlokahala. Mosali eo ba neng ba lula ha hae o ne a e-na le mora ea holofalitsoeng ke pholio. Bo-pula-maliboho bana ba ile ba ipha nako ea ho buisana le moshemane enoa ka litšepiso tsa bohlokoa tsa Bibele mabapi le bophelo lefatšeng le lecha la Molimo. Moshemane enoa o ile a ithuta Bibele ka thabo le Niaina le Veroniaina. Empa lelapa labo ha lea ka la lumela. ’Mè oa hae o bile a bolella bo-pula-maliboho bana ba khethehileng hore ba bolelle mora oa hae hore ha ba sa na nako ea ho ithuta le eena. Empa, ho hlakile hore ba ne ba ke ke ba etsa joalo. Lerato la moshemane enoa ho Jehova le litsela tsa Hae le ile la hōla kapele. O ile a kolobetsoa pele ho fela likhoeli tse robeli. Ka lebaka leo, bo-pula-maliboho ba ile ba lelekoa ntlong eo.
Na thahasello eo ba neng ba e bontšitse moshemane eo e ile ea fela? Le hanyenyane. Setulo sa hae sa likooa se ne se le boemong bo bobe haholo—’me hona joale se soahlamane. Le hoja ho ne ho fihlile se seng se secha bakeng sa hae, kereke eo a neng a e kena e ne e ke ke ea mo neha sona hobane o ne a fetotse bolumeli ba hae. Kahoo, barab’abo rōna phuthehong ba thusa mora enoa oabo rōna ea holofetseng hore a be teng libokeng.
Lilemong tsa morao tjena, Mokhatlo o ’nile oa romela bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana masimong a sa abuoang e le hore batho ba eketsehileng ba fuoe monyetla oa ho rua molemo molaetseng oa ’Muso. Ka November 1997 barab’abo rōna ba babeli ba ile ba romeloa Mahaditra, e leng torotsoana eo ho neng ho e-na le mohoeletsi a le mong ho eona. Mohlolo ke hore ka October selemong se latelang, ho ile ha thehoa phutheho ea bahoeletsi ba 14. Bo-pula-maliboho bane ba babeli ba khethehileng ba nakoana ha e sa le ba nakoana, e se e le ba khethehileng ba kamehla toropong eo.
Ka June 1996 ba bang ba babeli ba ile ba ea Mahasoabe, torotsoana e ’ngoe e neng e se na bahoeletsi. Ba ile ba sitoa ho tlohela tšimo eo ka mor’a likhoeli tse tharo, joalokaha ho ne ho lokiselitsoe—batho ba moo ba ile ba ba rapela hore ba lule. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, ho ile ha thehoa sehlopha se ka thōko, ’me likhoeli tse tharo hamorao, sehlopha seo se ile sa fetoha phutheho e nang le bahoeletsi ba bahlano le bo-pula-maliboho ba kamehla ba babeli. Bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng “ba nakoana” ba ntse ba le phuthehong eo, ba ntse ba e hlokometse ka mokhoa o tsoileng matsoho. Masimong a ka thōko a mangata, ho bile le liphihlelo tse tšoanang le tsena.
Sekhakhatha se Secha sa Baromuoa
Madagascar ke tšimo e behang haholo. Ho khannoa lithuto tsa Bibele tse ka bang 20 000—mohoeletsi ka mong o na le tse fetang tse peli. Sekolo sa Katoloso ea Gileade sa Jeremane se ile sa romela baromuoa ba tšeletseng Madagascar ka 1993 ho ea kenya letsoho mosebetsing o etsoang moo. Ba ile ba bula lehae la baromuoa Toamasina, eo e leng motse o moholo oa bobeli Madagascar, e lebōpong le ka bochabela. Daniel le Hélène Kmita, baromuoa ba nang le phihlelo ba neng ba sebetsa Seychelles, ba ile ba fuoa kabelo e ncha Sehlekehlekeng se Seholo se Sefubelu. Malapa a mahlano a bo-pula-maliboho ba kamehla a tsoang karolong e buang Sefora ea Canada le ’ona a ile a ithaopela ho tla sebetsa mona. Ivan Teyssier, moromuoa oa Lefora ea neng a sebelitse Paraguay ka lilemo tse telele, o ile a tla kenya letsoho mosebetsing oa lekala lena. Dante le Christina Bonetti, ba neng ba le Madagascar e le bahlanka ba machaba nakong ea ha ho ne ho hahoa lekala, ba ile ba kōptjoa hore ba khutlele teng e se e le baromuoa. Bafihli bana ba entse ho hoholo ho hōlisa moea oa bopula-maliboho har’a bahoeletsi ba mona. Ba bang ba ithutile Semalagasy hantle hoo ba ileng ba tšoaneleha hore e be balebeli ba potoloho liphuthehong tse buang Semalagasy.
Ho Tsamaea ka Morero oa ho Khothatsa Liphutheho
Ha mosebetsi oa potoloho o qala mona ka 1963, molebeli oa potoloho o ne a e-na le liphutheho tse tharo feela tseo a li etelang ka hare ho naha ena eohle. Hona joale balebeli ba potoloho ba 17 ba sebeletsa liphutheho le lihlopha tse 253. Ho tsamaea libakeng tsa mahaeng ho sa ntsane ho le thata. Nakong ea lipula, libakeng tse ngata mebila ea mobu ha e tsamauoe, ’me balebeli ba potoloho ba tlameha ho tsamaea libaka tse telele. E le hore ba etele liphutheho tse ling, ba ka ’na ba tlameha ho tsamaea litseleng tse seretse ka matsatsi a mangata—ho ea feela! (Bapisa le 2 Bakorinthe 11:23-27.) Ka linako tse ling barab’abo rōna ba phutheho e ’ngoe ba felehetsa molebeli oa potoloho ho mo thusa ho nka thoto ea hae ho ea phuthehong e latelang. Ha ba tšela linōka—tseo hangata li se nang marokho—ba phuthela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mekotleng ea polastiki hore e se ke ea koloba, ebe ba e roala hloohong. Nakong ea lipula, ka linako tse ling metsi a ba khutla ka mahafing.
Le hoja e le mafutsana, barab’abo rōna ba mona ba na le moea oa ho amohela baeti ka mofuthu ’me ba etsa se matleng a bona ho amohela balebeli ba tsamaeang le basali ba bona. Hoa khothatsanoa. Ho khotsofatsa hakaakang ho ba le bara le barali babo rōna ba lekang ho ikitlaelletsa ho khahlisa Jehova! (Baroma 1:11, 12) Hona ke tokelo e kaakang ho tiisa tumelo ea baratuoa bana bao e leng ba bohlokoa ho Jehova!
Ha Leholiotsoana le Otla
Bophelo karolong ena ea lefatše bo akarelletsa ho phela har’a maholiotsoana. Selemo le selemo ho na le nako eo ka eona maholiotsoana a otlang lihlekehleke tsa Leoatle la Indian. Lekala le latella litlaleho tsa boemo ba leholimo ’me le lokisetsa ho thusa barab’abo rōna ba libakeng tse amehileng. Ka 1997 Madagascar e ile ea otloa ke maholiotsoana a mangata, ho akarelletsa le le tummeng le bitsoang Gretelle, le ileng la haola le lebōpo le ka boroa-bochabela. Litoropo tse peli tse khōloanyane le metse e mengata li ile tsa senyeha. Hoo e ka bang Lipaki tsa Jehova tse 100 li ne li lula sebakeng se amehileng.
Lekala le ile la potlakela ho romela literaka tse peli tse nyenyane le koloi e hulang ka mabili a mane tse tletseng liphallelo, lisebelisoa le thepa ea ho haha. Ngaka e ile ea tsamaea le sehlopha seo sa liphallelo. E le hore sehlopha sena se fihle libakeng tse ling tseo koloi e sa fihleng ho tsona, se ile sa sebelisa le liketsoana.
Se ile sa nka matsatsi a mabeli ho fihla moo se eang, Vangaindrano. Mosebetsi oa liphallelo o ile oa qala hang-hang. Ho ile ha lokisetsoa lijo le maphephe. Ngaka e ile ea hlahloba lelapa le leng le le leng la Lipaki ’me ea fana ka meriana e hlokahalang. Malapa a bao e seng Lipaki le ’ona a ile a fumana molemo. Ha boholo ba sehlopha bo khutla, ba babeli ba ile ba sala ka nako e ka etsang khoeli ho tsosa matlo a barab’abo rōna. Ofisi ea lekala e ile ea amohela mangolo a mangata a kananelo bakeng sa thuso eo Mokhatlo o faneng ka eona. Esita le ba bang bao e seng Lipaki ba ile ba re: “Ruri bolumeli ba lōna ke ba Bokreste!”
Jehova o Ntse a Hōlisa ho ea Pele
Baromuoa hammoho le ba ileng ba fetoha barutuoa ka lebaka la bona Madagascar ba lemme le ho nosetsa peō ea ’nete ea ’Muso. Tlaleho ea pele ea Madagascar e ile ea romeloa ke Robert Nisbet le Bert McLuckie ka 1933. Lilemo tse 22 hamorao, mosebetsi o ile oa nchafatsoa, ’me selemong sa tšebeletso sa 1956 ho ile ha e-ba le tlhōrō ea bahoeletsi ba robeli. Ha baromuoa ba lelekoa ka 1970, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 469 naheng ena. Baromuoa ba ne ba se ba sitoa ho thusa joalokaha ba ne ba ntse ba etsa. Empa ‘Molimo o ile a ’na a hōlisa.’—1 Bakor. 3:6.
Ba ileng ba sebetsa Madagascar pele eaba hamorao ba ba le monyetla oa ho khutlela teng ba bone bopaki ba hore bao ba neng ba ba rutile ’nete ea Bibele ba ne ba beha litholoana ka bobona. Ka mohlala, Ramanitra Hélène, ea neng a le lilemo li 15 ha Irene Carbonneau a ithuta le eena, o ne a tšoeroe ke pholio ’me a sitoa ho tsamaea hantle. Ho sa tsotellehe bokooa boo le khanyetso ea lelapa labo, Hélène o ile a tsitlella ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo. Le ka mor’a hore ba ha Carbonneau ba ee hae Canada, o ile a ’na a tsoela pele. Ha Irene a khutla e le moeti ka nakoana ka 1995, Hélène o ile a bua ka thabo: “Lelapa leso kaofela le amohetse ’nete haese Ntate feela!”
Ka tlhohonolofatso ea Jehova, ka 1980 e monyenyane Madagascar o ne a fetohile ba sekete, ka tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso oa Molimo ba 1 021. (Esa. 60:22) Ka 1993 tlhōrō ea bahoeletsi e ne e feta 5 000, ’me e ile ea fihla tlhōrōng e phahameng ka ho fetisisa ea ba fetang 10 300 ka 1999.
Ho Thoe’ng ka Nako e Tlang?
Madagascar e letetsoe ke bokamoso bo khanyang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ka 1956 batho ba supileng ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa pele se ileng sa ketekoa sehlekehlekeng sena. Ba bang teng ba ’nile ba eketseha ho fihlela ho finyelloa tlhōrō ea ba 46 392 ba bileng teng ka 1999. Ka khoeli eona eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 10 346 sehlekehlekeng sena kaofela. Ha e le hantle, ka karolelano, mohoeletsi e mong le e mong o tlile le batho ba thahasellang ba bararo ketsahalong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa!
Sehlekehleke sena se Seholo se Sefubelu se tsoela pele ho ba paradeise ho bohle bao, ka lebaka la ho susumetsoa ke ho rata Jehova le batho ba bang, ba batlang ho buisana le ba bang ka ’nete ea Bibele. Ho na le batho ba mashome a likete ba ikokobelitseng mona ba batlang ho tseba haholoanyane ka Jehova. Hase batho ba tummeng lefatšeng, leha e le hore ke barui. Lijo tsa bona e atisa ho ba feela reise, namanyana le merohonyana. Litoropong tse ngata le metseng, batho ha ba na metsi a lipompo kapa motlakase. Metseng, hase hangata ho bang le bohobe, re se re sa re letho ka botoro le chisi. Ho ntse ho le joalo, bara le barali babo rōna ba leboha Jehova ka lijo tsa bona tsa letsatsi le letsatsi ’me ba thabela bophelo ba bona bo bonolo. Ho e-na le ho ‘tšoenyeha ka hore na ba tla ja eng kapa hore na ba tla noa eng kapa hore na ’meleng ba tla apara eng,’ ba leka ho tsoela pele ba batla ’Muso le ho loka ha Molimo pele. (Mat. 6:31-33) Ba thabela tokelo ea ho sebeletsa Jehova, ’Musi oa Bokahohle, ’me ba lumellana le mopesaleme ha a re: “Jehova o fetohile morena! Lefatše le ke le thabe. Lihlekehleke tse ngata li nyakalle.”—Pes. 97:1, NW.
Maele a Semalagasy aa eletsa: “U tšoane le lempetje—ka leihlo le leng u shebe nakong e fetileng empa ka le leng u shebe nakong e tlang.” Ho hotle ho sheba nakong e fetileng ka leihlo le le leng e le hore u ithute liphihlelong tsa nako e fetileng. Empa ha ho molemo o tlisoang ke ho leka ho phela joaloka nakong e fetileng. Nako e tlang ke eona eo re nang le monyetla oa ho etsa ho hong ka eona. Linako tse molemohali lia tla. Ka pel’a rōna Jehova o tekile bophelo—bophelo bo sa feleng—paradeiseng ea lefatše lohle e tla tlala batho ba ratanang e le kannete. Madagascar Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho tsepamisa mahlo a tsona pakaneng eo.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 224]
[Litšoantšo tse leqepheng la 230]
(1) Rabehasy Noël, (2) Robert Nisbet, (3) Bert McLuckie, (4) Adam Lisiak, (5) Edouard Marlot, (6) Narcisse Marlot
[Setšoantšo se leqepheng la 233]
Raimo le Veera Kuokkanen
[Setšoantšo se leqepheng la 235]
Andriamoara Félix, e mong oa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba pele ba mona
[Setšoantšo se leqepheng la 236]
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e etsoa ka letsoho
[Setšoantšo se leqepheng la 237]
Rasoamalala Louise ke mofetoleli oa khale
[Setšoantšo se leqepheng la 245]
Andriamasy Théodore o ruta baromuoa ba bacha Semalagasy
[Litšoantšo tse leqepheng la 251]
Mehaho e phethiloeng ea lekala le Komiti ea Lekala (ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona): Eleha, Raimo Kuokkanen, Dirajlal Bagvandjee