Angola
Ntoa le khaello ea lijo, tšenyo e bolaeang ea boloetse, mahlomola le lefu le bakoang ke batho ba itšoarang joaloka liphoofolo tse hlaha—Bibele e ile ea bolela esale pele hore tsena tsohle li ne li tla etsahala mehleng ea rōna, e li tšoantšetsa ka banna ba lipere ba Tšenolo. (Tšen. 6:3-8) Lefatše lohle le amehile. Angola le eona hase mokhelo.
Ho tloha pheletsong e ’ngoe ea naha ena ho isa ho e ’ngoe, phello ea ho kalla ho mabifi ha banna bao ba lipere ba tšenolo e ’nile ea utloahala. Boemo ba Lipaki tsa Jehova e bile bofe har’a maemo aa?
Lipaki tse ngata li ’nile tsa hlorisoa ka sehlōhō. Tse ling li ile tsa bolaoa ntoeng ea lehae e sehlōhō le e sa feleng li iphetela ka tsela li se na molato. Tse ngata li ile tsa tobana le liphello tse hlokofatsang tsa tlala ea boja-likata tse bakiloeng ke pherekano lipolotiking le moruong. Leha ho le joalo, ha ho letho le fokolisitseng tumelo ea tsona ho Jehova Molimo le tšepo ea tsona Lentsoeng la hae. Takatso ea tsona e tiileng ke hore li tšepahale ho Molimo ’me li pakele ba bang ka ho feletseng ka merero ea hae. ’Me lerato leo li le bontšanang le fana ka bopaki bo kholisang ba hore ke barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste.—Joh. 13:35.
Nahana ka mehlala e ’meli e bontšang boleng bo phahameng ba tumelo ea tsona. Lilemong tse ka holimo ho 40 tse fetileng, ofisiri ea sepolesa e ile ea bua ka matla le e mong oa Lipaki tsa Jehova ea re: “Mona Angola . . . , ho felile ka mokhatlo oa Watch Tower, ho felile ka oona, ho felile!” Nakoana ka mor’a moo, e ile ea sokela Paki e ’ngoe e tsoaletsoeng Angola. Ofisiri eo e ile ea botsa: “Na u tseba se tlil’o etsahala ka uena?” Karabo e bonolo e ile ea re: “Ke tseba seo u ka nketsang sona. Empa ha ho letho le lebe leo u ka nketsang lona ho feta hore u mpolaee. Na u ka etsa ho fetang hoo? Empa nke ke ka koenehela tumelo ea ka.” Ho sa tsotellehe ho tšoaroa ka sehlōhō ka lilemo tse ngata lichankaneng le likampong tsa kahlolo, Paki eo, João Mancoca, e ntse e tšoareletse ka tieo qetong ena.
Morao tjena, moholo e mong profinseng ea Huambo o ile a ngola: “Boemo ba rōna bo mahlonoko. Liphutheho li sithabetsoa ke khaello e feteletseng ea lijo le bosieo ba meriana. Re haelloa ke mantsoe a ka hlalosang boemo bo teng hona joale le boemo boo barab’abo rōna ba leng ho bona nameng.” Empa o ile a boela a re: “Le hoja boemo ba rōna nameng bo sa jese litheohelang, re phetse hantle moeeng. Ho etsahala hantle se boletsoeng esale pele ho Matheu khaolo ea 24 le 2 Timothea 3:1-5.”
Ke’ng se etsang hore ho be le boikutlo bo nepahetseng joalo leha ho tobanoe le tsietsi e tebileng? Ke tumelo le sebete se bakoang ke ha batho ba sa itšepe kapa ba sa tšepe batho ba bang, empa ba tšepa ’Muso oa Molimo o matsohong a Jesu Kreste. Baa tseba hore ho sa tsotellehe hore na ke mang eo hona joale ho bonahalang a atleha kapa hore na ho bonahala boemo bo le thata hakae, morero oa Molimo o tla hlōla. Ba kholisehile ka botlalo hore Mora oa Molimo, ea busang a le leholimong, o tla hlōla le hore tlas’a puso ea hae lefatše le tla fetoha paradeise. (Dan. 7:13, 14; Tšen. 6:1, 2; 19:11-16) Lipaki tsa Jehova Angola li tseba ho tsoa phihlelong hore esita le hona joale Molimo o fa batho ba fokolang matla a fetang se tloaelehileng e le hore ba ka mamella.—2 Bakor. 4:7-9.
Empa pele re hlahloba ka ho eketsehileng histori ea batho ba Jehova Angola, ak’u hlahlobe ka bokhutšoanyane naha eo ba lulang ho eona.
Taemane e sa Betloang
Angola e karolong e ka boroa-bophirimela ea Afrika, ka leboea moeli oa eona ke Democratic Republic of Congo, ka boroa ke Namibia, ka bochabela ke Zambia ’me ka bophirimela ke Leoatle la Atlantic. Boholo ba eona ke lisekoere-k’hilomithara tse 1 246 700, e leng hoo e ka bang naha ea Fora, Italy le Jeremane li kopane. E khōlō ho Portugal ka makhetlo a ka bang 14, e ileng ea qala ho etsa Angola kolone lekholong la bo16 la lilemo. Ka lebaka la ho etsoa kolone ke Portugal, hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea baahi e ipolela hore ke Mak’hatholike.
Sepotoketsi e sa ntse e le puo ea molao, empa Angola e entsoe ka sechaba se buang lipuo tse ngata. Seumbundu, Sekimbundu le Sekikongo ke lipuo tse buuoang haholo har’a lipuo tse fetang 40 tse sebelisoang mona.
Ho theosa le lilemo, letlotlo le lengata la Angola le ’nile la isoa linaheng tse ling. Ha e ne e sa le kolone, makhoba a limilione a ile a isoa Brazil, eo ka nako eo e neng e le e ’ngoe ea likolone tsa Portugal. Mobu o nonneng oa Angola o kile oa hlahisa libanana tse ngata, limango, liphaenapole, ’moba le kofi. Ha ho tlosoa joko ea bokolone, tsoelo-pele ea moruo e ile ea thefuloa ke ntoa e fokolisang ea lehae. Leha ho le joalo, Angola e sa ntse e e-na le letlotlo le lengata la oli e mathōkong a lebōpo le pokello e ngata ea taemane le tšepe. Leha ho le joalo, letlotlo la eona la bohlokoa ka ho fetisisa ke batho ba ikokobelitseng le ba nang le boikemisetso, bao ba likete ba bona ba bontšitseng lerato le tebileng bakeng sa Lentsoe la Molimo le tšepiso ea lona ea bokamoso bo khanyang tlas’a ’Muso oa Molimo.
“Lahlela Bohobe ba Hao Holim’a Metsi”
Mosebetsi oa pele o tlalehiloeng oa Lipaki tsa Jehova Angola ke oa Gray Smith le mosali oa hae, Olga, banyalani ba bo-pula-maliboho ba tsoang Cape Town, Afrika Boroa. Ka July 1938 ba ile ba tloha Johannesburg ka koloi e reretsoeng ho hasa lipuo tse rekotiloeng tsa Bibele. Koloi ena e ne e tlatsitsoe likhatiso tsa Watch Tower. Leetong la bona la likhoeli tse tharo, ba ha Smith ba ile ba fumana lipeeletso tsa Molula-Qhooa ’me ba tsamaisa Libibele, libuka le libukana tse 8 158. Ba ile ba aba lingoliloeng tsa Bibele ka bongata sebakeng se seholo, ba finyella batho Benguela, Luanda, Sá da Bandeira (eo hona joale e leng Lubango) le litoropong tse ling karolong e ka bophirimela ea Angola. Leha ho le joalo, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhoma selemong se latelang, kahoo ho ile ha e-ba thata ho buisana le batho ba neng ba bontšitse thahasello.
Ka nakoana, ho ne ho e-na le liphello tse fokolang tse ka lemohuoang phutuhong ea bona ea boboleli. Leha ho le joalo, molao-motheo o ho Moeklesia 11:1 e bile ’nete: “Lahlela bohobe ba hao holim’a metsi, kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane.”
Peō e ’ngoe ea ’nete e ile ea nka lilemo tse ngata pele e mela, joalokaha tlaleho e hlahang Profinseng ea Huíla e bontša. Lilemo tse ngata ka mor’a leeto leo la boboleli la ba ha Smith, Monghali Andrade o sa hopola hore ha a le lilemo li 41 ’me a lula Sá da Bandeira, o ile a amohela likhatiso tse itseng tsa Watch Tower ho motho e mong ea neng a feta ka koloi a tsoa Afrika Boroa. Ka nako eo, o ile a fumana buka ea Riches le peeletso ea Molula-Qhooa. O ile a ngolla lekaleng la Brazil, ’me lekala la etsa litokisetso tsa hore a rue molemo oa thuto ea lehae ea Bibele e etsoang ka ngollano. Leha ho le joalo, hamorao thuto ea Bibele e ile ea khaotsa ha Monghali Andrade a elelloa hore mangolo a hae a ne a baloa pele a isoa ho eena. Ha aa ka a buisana le Lipaki ka lilemo tse ngata.
Ka 1967, Zuleika Fareleiro, ea neng a sa tsoa kolobetsoa, o ile a fallela Sá da Bandeira. O ne a e-na le tsebo e batlang e fokola ea ’nete, ’me ka nako eo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe naheng ena. Leha ho le joalo o ne a e-na le takatso e matla ea ho abela ba bang seo a se tsebang. O ile a qalisa thuto ea Bibele le mosali ea ileng a mo bolella hore o tseba serōki sa lieta seo ho bonahalang se le bolumeling bo le bong le eena. Morali’abo rōna Fareleiro o ile a isa lieta tse ling hore li il’o rōkoa, ’me eitse ha a bontša serōki seo sa lieta buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, sefahleho sa sona sa ela. O ile a khona ho qalisa thuto ea Bibele le sona. Monna eo e ne e le Monghali Andrade, eo ka nako eo a neng a tsamaea ka setulo sa likooa. O ne a sithabelitsoe maikutlo ke ho bona polao ea mosali oa hae ka mahlo. Kahoo tšepo ea ’Muso e ile ea ipiletsa ho eena, ’me a e tšoara ka tieo. O ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ka 1971 ’me a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 1981 a le lilemo li 80. Ho sa tsotellehe kholofalo ea hae le ho hōla lilemong, boteng ba hae kamehla le ka mafolofolo libokeng tsohle tsa phutheho bo ne bo khothatsa ba bang haholo.
Boiteko ba ho Ruta le ho Ntlafatsa Boemo ba Batho ba Angola
Lilemong tse ka bang 60 tse fetileng, monna ea bitsoang Simão Toco e ne e le setho sa kereke ea Baptist karolong e ka leboea ea Angola. Ha a falla toropong ea M’banza Congo, Angola, a e-ea Léopoldville, Belgian Congo (eo hona joale e leng Kinshasa, Democratic Republic of Congo), Toco o ile a fapohela lapeng la motsoalle oa hae. O ile a bona makasine ea Luz e Verdade (eo hona joale e leng Despertai!). E ne e e-na le phetolelo ea Sepotoketsi ea bukana ea The Kingdom, the Hope of the World. Toco o ile a e thahasella, empa motsoalle oa hae o ne a sa e thahaselle, kahoo o ile a re Toco a e nke. Ka tsela ena le eena o ile a ba le sengoliloeng sa Bibele se hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
Ha a qeta ho fihla Léopoldville ka 1943, Toco o ile a theha k’hoaere, eo ka mor’a nako e ileng ea hōla ho fihlela e e-na le litho tse makholo. Kaha o ne a lakatsa ho ruta le ho ntlafatsa boemo ba batho ba habo ba Angola ba balehileng naheng ea habo bona, o ile a fetolela The Kingdom, the Hope of the World ka Sekikongo. Butle-butle, lifeleng tseo a li qapileng o ile a kenya tšepo ea ’Muso le linnete tse ling tsa Bibele tseo a ithutileng tsona. Hape o ile a sebelisa boitsebiso boo lipuisanong tsa hae tsa Bibele le litho tse ling tsa k’hoaere ea hae. João Mancoca, motho e mong oa Angola ea neng a sebetsa Léopoldville, o ile a qala ho kopanela le sehlopha sa ho ithuta Bibele sa Toco ka 1946. Liboka li ne li tšoaroa bosiu ka Moqebelo le Sontaha, ’me kamehla Mancoca o ne a e-ba har’a ba ka bang 50 ba neng ba e-ba teng.
Ka 1949 litho tsa sehlopha sena li ile tsa ikutloa li susumelletseha ho bolella ba bang seo li ithutang sona, kahoo tse ngata tsa tsona li ile tsa qala ho bolela Léopoldville. Sena se ile sa halefisa baruti ba Baptist le ba boholong Belgian Congo. Ka potlako, ba bangata sehlopheng sa Toco ba ile ba tšoaroa. João Mancoca o ne a le har’a bona. Ba ile ba kenngoa chankaneng ka likhoeli tse ’maloa. Joale ba ileng ba hana ho tsoa sehlopheng sena se hōlang sa Toco le ba ileng ba hana ho khaotsa ho bala lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower ba ile ba lelekeloa naheng ea habo bona, Angola. Qetellong, ba ne ba le 1 000 kaofela.
Balaoli ba Mapotoketsi Angola ba ne ba sa tsebe hore na ba ba etse joang. Qetellong, ba khutliselitsoeng Angola ba ile ba qhalakanyetsoa likarolong tse sa tšoaneng tsa naha.
Ke hoo e ka bang ka nako ena, ka 1950, moo ’nete ea Bibele e ileng ea fihla motseng oa bobeli o moholohali Angola, Huambo, oo ka nako eo o neng o tsejoa e le New Lisbon. Tsoelo-pele e ne e lieha, empa qetellong João da Silva Wima, Leonardo Sonjamba, Agostinho Chimbili, Maria Etosi le Francisco Portugal Eliseu, ba bile har’a ba ileng ba fetoha bahlanka ba Jehova ba tšepahalang sebakeng sena. Hape ba ile ba thusa malapa a bona hore a ithute ka Jehova le ka melao-motheo ea hae e lokileng.
Toco hammoho le ba bang ba ile ba romeloa ho ea sebetsa masimong a kofi ka leboea. Empa ka masoabi, pono ea Toco e ne e se e fetohile. Ha Toco le sehlopha sa hae ba ntse ba le Léopoldville, balateli ba Simão Kimbangu, ba neng ba sebelisana le meea, ba ne ba e-ba teng libokeng tsa bona. Ka lekhetlo le leng ha ba le sebokeng, ba ile ba hlaheloa ke seo ba bang ba neng ba nka hore ke ho tšolloa ha moea. Empa ha baa ka ba ‘leka ho bona hore na moea ona o tsoa ho Molimo kapa che.’ (1 Joh. 4:1) João Mancoca ha aa ka a thaba ha a bona ho ithuta Bibele ho nkeloa sebaka ke ho itšetleha ka ‘moea.’
Ha ba qeta ho khutlisetsoa Angola, João Mancoca o ile a isoa Luanda. Mancoca, hammoho le Sala Filemon le Carlos Agostinho Cadi, ba ile ba khothalletsa ba bang sehlopheng sa bona hore ba khomarele Bibele ’me ba lahle litloaelo tse seng tumellanong le eona. Hamorao, ha Toco a isoa sebakeng se seng ka boroa, o ile a feta le Luanda. Ho ne ho hlakile hore o susumelitsoe ke litumelo tsa balateli ba Kimbangu haholoanyane.
Ka 1952, ka lebaka la ho ekoa ke e mong ea neng a kopanela le sehlopha sa bona, João Mancoca, Carlos Agostinho Cadi le Sala Filemon ba ile ba tšoaroa ’me ba lelekeloa Baía dos Tigres, eo e neng e le kolone ea kahlolo moo ho tšoasoang litlhapi teng. Moeki e ne e le monna ea tšajoang ea neng a e-na le basali ba babeli. Boiteko ba hae ba ho iketsa moeta-pele oa sehlopha se Luanda bo ile ba batla bo etsa hore ba bang ba khaotse ho kopanela. Empa ka potlako mekhoa ea hae e sa tšepahaleng e ile ea mo kenya bothateng ho ba boholong, ’me le eena o ile a lelekeloa koloneng ea kahlolo.
Moeti ea Fuoeng Thōmo e Likarolo li Tharo
Ka 1954 lekala la Afrika Boroa le ile la amohela mangolo a mangata a tsoang sehlopheng se Baía dos Tigres. Se ne se labalabela ho fumana lingoliloeng tsa Bibele. Ka 1955 John Cooke, eo e neng e le moromuoa oa Watch Tower, o ile a romeloa Angola a tsoa Fora. O ne a fuoe thōmo e likarolo li tharo: ho batlisisa litlaleho tsa hore ho na le Lipaki tse 1 000 Angola, ho leka ho li thusa haeba ho khoneha, le ho bona hore na ho ka etsoa’ng ho theha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ka molao Angola. Ha a qeta ho kopana le lihlopha tse ngata, patlisiso ea hae ea likhoeli tse hlano e ile ea senola hore ho ne ho e-na le Lipaki tseo palo ea tsona e leng ka tlaase haholo ho 1 000. Joalokaha tlaleho ea 1955 ea tšebeletso ea tšimo Angola e ile ea bontša, ho ne ho e-na le baboleli ba 30 feela ba litaba tse molemo naheng eohle.
Ho ile ha feta libeke tse ngata pele balaoli ba Mapotoketsi ba ka lumella John Cooke ho etela João Mancoca le sehlopha se senyenyane se neng se le Baía dos Tigres, karolong e ka boroa ea Angola. Mor’abo rōna Cooke o ile a lumelloa ho ba moo ka matsatsi a mahlano, ’me litlhaloso tsa hae tsa Bibele li ile tsa kholisa Mancoca le ba bang ka ho eketsehileng hore o emetse mokhatlo o hlophisitsoeng oo kannete o sebeletsang Jehova Molimo. Letsatsing la ho qetela la ketelo ea hae, Mor’abo rōna Cooke o ile a fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso” ho sehlopha sa batho ba ka bang 80, ho kopanyelletsa le motsamaisi ea ka sehloohong oa kolone ea kahlolo.
Ka likhoeli tseo a bileng Angola ka tsona, Mor’abo rōna Cooke o ile a khona ho kopana le Toco esita le batho ba neng ba mo nka e le moeta-pele oa bona libakeng tse sa tšoaneng. Ba bangata ba bona e ne e mpa e le balateli ba lequloana la Toco ’me ba sa thahaselle mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Mokhelo e ne e le António Bizi, mohlankana e mong oa Luanda ea neng a labalabela ho ithuta ho eketsehileng ka merero ea Jehova. Ka nako eo Toco o ne a thibetsoe ho tsoa motseng o haufi le Sá da Bandeira, a amohuoe tokelo ea ho amohela kapa ho romela mangolo.
Ketelo ea Mor’abo rōna Cooke e ile ea e-ba mohloli o moholo oa khothatso ho sehlopha se senyenyane sa ba tšepahalang Baía dos Tigres. Mor’abo rōna Mancoca o sa hopola hore ketelo eo e ile ea ba kholisa hore “ha ba tsamaee tseleng e fosahetseng.” Hape e ile ea senola hore, le hoja palo ea Lipaki e ne e fokola ho feta e tlalehiloeng, ho ne ho e-na le monyetla oa keketseho. Tlalehong ea hae Mor’abo rōna Cooke o ile a bolela hore ba bang bao a ileng a kopana le bona ba ne ba “lakatsa ho ithuta” le hore “ho bonahala ho e-na le tšimo e ntle mona.”
Khothatso e Eketsehileng ea Latela
Selemo ka mor’a ketelo ea Mor’abo rōna Cooke, Mokhatlo o ile oa romela mora e mong oabo rōna ea tšoanelehang, Mervyn Passlow, ea tsoang Sekolong sa Gileade, hammoho le mosali oa hae, Aurora, ho ea Luanda. Ba ne ba tšoere lethathamo le entsoeng ke John Cooke la batho ba ka bang 65 ba entseng peeletso hammoho le batho ba bang ba thahasellang. Qalong, ba ha Passlow ba ile ba thatafalloa ho teana le batho ba entseng peeletso kaha limakasine li ne li kenngoa mabokoseng a poso, eseng liatereseng tsa malapeng. Empa hona nakong ena mosali ea bitsoang Berta Teixeira o ile a khutlela Luanda a tsoa Portugal. Teng o ne a ile a kopana le Lipaki tsa Jehova ’me a bontša thahasello e khōlō ’neteng ea Bibele. Ofisi e Lisbon e ile ea tsebisa ba ha Passlow hore oa tla, ’me ba ile ba qalisa thuto ea Bibele le eena hang-hang. E mong oa beng ka Berta o ne a sebetsa posong ’me a ba thusa ho fumana liaterese tsa batho ba entseng peeletso, bao bongata ba bona bo ileng ba fetoha liithuti tse chesehang tsa Bibele. Ka potlako batho bana ba ne ba buisana le metsoalle le baahelani. Pele likhoeli tse tšeletseng li fela ba ha Passlow ba ne ba ithuta le batho ba fetang 50.
Likhoeli tse seng kae ba ha Passlow ba fihlile, ba ile ba qala ho tšoara lithuto tsa kamehla tsa Bibele kamoreng ea bona ba sebelisa Molula-Qhooa. Ho elella bofelong ba khoeli ea pele, kamore eo e ne e se e le nyenyane haholo. Berta Teixeira o ne a e-na le sekolo sa ho ithuta puo, ’me o ile a fana ka e ’ngoe ea liphaposi tsa hae tsa ho ruta bakeng sa hore ho tšoareloe liboka ho eona. Ka mor’a likhoeli tse robeli ho ile ha e-ba le kolobetso ea pele ea Lipaki tsa Jehova Angola koung ea Luanda.
Ka lebaka la boemo bo neng bo le Angola ka nako ena, ho ne ho le thata ho ba ha Passlow ho kopana le barab’abo rōna ba Maafrika. Empa ba bang ba bona ba ile ba etela ba ha Passlow. E mong ea neng a e-tla kamehla bakeng sa thuto ke António Bizi, eo John Cooke a neng a ile a fumana hore ke seithuti se khothetseng. ’Me João Mancoca, a ntse a le litlamong, o ile a ba ngolla mangolo a ba khothatsang.
Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a kolobetso ea pele, ’muso o ile oa hana ho nchafatsa tumello ea hore ba ha Passlow ba lule naheng ena, kahoo ba ile ba tšoanela ho tsoa ka har’a naha. Ba ne ba entse mosebetsi o motle oa ho jala “peō” le ho nosetsa e jetsoeng ke ba bang. (1 Bakor. 3:6) Hape ba ne ba thehile tlamo ea kameho e lerato le barab’abo rōna ba Angola. Ka lebaka la lehloeo la mapolesa, ba ha Passlow ba ile ba lemosa barab’abo rōna, haholo-holo ba Maafrika, hore ba se ke ba ba felehetsa ha ba tsamaea. Empa tlamo ea lerato e ne e le khōlō haholo. Ba bangata ba ile ba e-ba teng ho bontša kameho ea bona e lerato nakong ea ha ba leba borokhong ba mapolanka ba tšelela moo ba il’o palamela sekepe teng.
Harry Arnott, eo e neng e le molebeli oa libaka, o ne a ile a etela ba ha Passlow ka 1958 ha ba le Luanda. Ka February 1959, ha a boetse a leka ho etela Angola e le molebeli oa libaka, o ile a khahlametsoa ke sehlopha se senyenyane se kopanyelletsang Mor’abo rōna Mancoca le Morali’abo rōna Teixeira boema-fofane. Leha ho le joalo, kapele-pele mapolesa a ile a kenella. A ile a arola Mor’abo rōna Arnott sehlopheng sena eaba a phenyekolla thōtō ea hae.
Leha ho le joalo, qetellong Mor’abo rōna Arnott o ile a iphumana a koaletsoe kamoreng e le ’ngoe le Mor’abo rōna Mancoca. Ha ba bonana, ba ile ba tšeha. Ofisiri ea sepolesa e ile ea bona ho se ntho e tšehisang ka sena. E ile ea bua le Mancoca ka bohale: “Na ua tseba hore ho tlil’o etsahala’ng ka uena?” Mor’abo rōna Mancoca, eo ka nako ena a neng a qetile lilemo tse tšeletseng chankaneng ’me a shapuoe hangata, o ile a araba ka mokhoa o bonolo: “Nke ke ka lla. Ke tseba seo u ka nketsang sona. Empa ha ho letho le lebe leo u ka nketsang lona ho feta hore u mpolaee. Na u ka etsa ho fetang hoo?” O ile a phetha ka mantsoe a bontšang ho tiea: “Empa nke ke ka furalla tumelo ea ka.” Eaba o sheba ka lehlakoreng la Mor’abo rōna Arnott ’me o bososela ka tsela e khothatsang. Mor’abo rōna Arnott o sa hopola: “O ne a bonahala a sa elelloe maqakabetsi ao a leng ho ’ona ’me o ne a amehile feela ka ho tiisa hore ha ke nyahamisoe ke boemo boo. Ona e bile motsotso o khathollang ka ho fetisisa ho bona mora enoa oabo rōna oa Moafrika, ka mor’a ho koalloa chankaneng ka lilemo tse ngata, a nka boemo bo tiileng le bo sebete hakana.”
Ha e le Mor’abo rōna Arnott, o ile a ntšetsoa ka ntle ho naha ka sona sefofane se neng se mo tlisitse—empa e se e le ka mor’a hore a kopane le Mor’abo rōna Mancoca ka nako e khutšoanyane le ka tsela e hahang. Ka mor’a ho hlongoa lipotso ka lihora tse supileng, Mor’abo rōna Mancoca le eena o ile a lokolloa.
Beke ka mor’a ketsahalo ena, Mor’abo rōna Mancoca qetellong o ile a kolobetsoa hammoho le metsoalle ea hae Carlos Cadi le Sala Filemon. Hoo e ka bang ka nako eo, ho ile ha hiroa kamore Sambizanga, eo e leng motse o oelang tlas’a toropo ea Luanda, ’me ke hona moo phutheho ea pele ea molao ea Lipaki tsa Jehova Angola e ileng ea tšoara liboka tsa eona teng. Ka nako eo, li ile tsa khona ho bula le ho koala seboka ka pina, ’me ’mino ona o ile oa hapa tlhokomelo ea ba leng haufi. Ba bangata ba ile ba khahloa ke hore ba leng teng Thutong ea Molula-Qhooa ba ne ba ka nka karolo sebokeng sena le hore hape ba ne ba lumeletsoe ho botsa lipotso ka mor’a liboka. Puisano ena, e neng e le sieo likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana, e ile ea matlafatsa mosebetsi sebakeng sena.
“Ho ba Seli Joaloka Linoha”
Ka 1960 bolebeli ba ho boleloa ha litaba tse molemo Angola bo ile ba tlosoa Afrika Boroa ba isoa lekaleng la Portugal. Ho tiisoa hona ha maqhama pakeng tsa Lipaki tsa Jehova linaheng tsena tse peli ho ne ho fapane le kamano e neng e ntse e senyeha ho ea pele ea lipolotiki pakeng tsa Angola le Portugal, e ’nileng ea busa Angola ka nako e telele e e entse kolone.
Ho fumana boipuso ha Belgian Congo ea boahelani hammoho le ntoa ea lehae e ileng ea latela moo li ile tsa ama boemo ba lipolotiki ka ho teba Angola. ’Muso oa bokolone o ile oa e-ba seli haholoanyane, empa ha oa ka oa khona ho thibela ho qhoma ha ntoa ea likhukhuni ea ho batla boipuso Angola. Ka January 1961 pefo e ile ea qhoma karolong e bohareng ea Angola. Sena se ile sa lebisa tekong ea ho ketola ’muso Luanda ka February. Joale ka March, ka mor’a ho pheha khang ka meputso sebakeng se ka leboea se futsanehileng sa Kongo, batho ba Angola ba ile ba bolaea baahi ba ’maloa ba Mapotoketsi. Sena se ile sa baka boiphetetso bo boholo.
Lilemong tsa bo-1960, ho ile ha hlaha mekha e meraro e khahlanong le bokolone: Mokha oa Sechaba oa Tokoloho ea Angola (Movimento Popular de Libertac̩ão de Angola; MPLA) o neng o tšehetsa bokomonisi, Kopano ea Sechaba Bakeng sa Tokoloho ea Angola (Frente Nacional de Libertac̩ão de Angola; FNLA) le Kopano ea Sechaba Bakeng sa Boipuso bo Feletseng ba Angola (União Nacional para a Independência Total de Angola; UNITA).
Ntoa ena ea lehae e ile ea bakela sehlopha se senyenyane sa Lipaki tsa Jehova mathata ka nako le motsotso. Likoranta li ile tsa re ke “lequloana le khahlanong le Bokreste le kotsi sechabeng.” Baqolotsi ba litaba ba ile ba sotha lihlooho tseo ba li qotsitseng ho Tsoha! ’me ka phoso ba bolela hore morero oa Lipaki ke “ho lokafatsa, haeba e se ho susumetsa, liketso tsa bokhukhuni tse bileng teng Profinseng e ka leboea morao tjena.” Tlas’a setšoantšo sa Tsoha! ho ne ho e-na le mantsoe a reng “Leshano la bolumeli le senya meea ea baahi.”
Nakong ena, Lipaki tsohle tsa Jehova li ile tsa behoa leihlo ka linako tsohle. Mangolo ’ohle a tsona a tlang ka poso a ne a phenya-phenngoa, kahoo puisano le lekala la Portugal e ne e lekanyelitsoe, ’me ho ne ho le thata haholo ho amohela lingoliloeng tsa Watch Tower. Ba neng ba amohela lingoliloeng leha e le life ka poso ba ne ba hlongoa lipotso ke mapolesa.
’Muso oa bokolone o ne o belaella seboka leha e le sefe sa batho ba fetang ba babeli bao e seng litho tsa lelapa le le leng. E le ho itšireletsa, barab’abo rōna ba ile ba feto-fetola libaka tsa liboka ’me ba bokana ka lihlopha tse nyenyane. Leha ho le joalo, ka 1961 ba 130 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ka mor’a sona Mor’abo rōna Mancoca le Mor’abo rōna Filemon ba ile ba etela ba neng ba bile teng ho tiisa hore ba fihlile malapeng ba sireletsehile. Kameho e lerato eo ba ileng ba e bontša e ile ea matlafatsa barab’abo bona ba Bakreste.
Nako ea Liteko Tse Matla
Phihlelo ea Silvestre Simão e re thusa ho utloisisa seo liithuti tse ncha tsa Bibele li neng li lokela ho tobana le sona ka nako eo. Ka 1959, ha a ntse a le sekolong, o ile a fuoa pampitšana ea “Hell-Fire—Bible Truth or Pagan Scare?” ke seithuti-’moho le eena. Hamorao o ile a re: “Ho bala pampitšana ena ho ile ha tlisa phetoho e khōlō bophelong ba ka. Ha ke qeta ho ithuta ’nete ka lihele, tseo ke neng ke rutiloe hore ke li tšabe, hang-hang ke ile ka khaotsa ho ea kerekeng ’me ka qala ho bala likhatiso tsa Mokhatlo.”
Linakong tseo tsa tsitsipano, Lipaki li ne li sa potlakele ho mema leha e le mang ea thahasellang hore a tle libokeng tsa tsona. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse peli li ile tsa ikutloa hore ho sireletsehile ho mema Silvestre. Ka mor’a ho ba teng sebokeng ka lekhetlo la pele, o ile a botsa lipotso mabapi le Sabatha. Seo a ileng a se utloa se ile sa mo kholisa hore o fumane ’nete. Empa o ne a e nka e le ea bohlokoa hakae? Bekeng e latelang, ka la 25 June, 1961, ha a le sebokeng ka lekhetlo la bobeli, kananelo ea hae bakeng sa seo a ithutang sona e ile ea lekoa. Balebeli ba masole ba ile ba emisa seboka. Banna bohle ba ile ba laeloa hore ba tsoele ka ntle eaba ba shapuoa ka lipeipi tsa tšepe. E mong oa barab’abo rōna o sa hopola: “Re ile ra otloa joalokaha eka ho bolaoa phoofolo e sa nahaneng—e, ka tsela e tšoanang le ha banna ba otla kolobe ka molamu hore e bolaoe pele e rekisoa ’marakeng.” Silvestre Simão le ba nang le eena ba sa ntse ba e-na le mabali a chapo eo. Joale ba ile ba kolokisoa moleng o le mong ba isoa lebaleng la lipapali moo ba ileng ba kopana le sehlopha se seholo sa Makhooa a halefileng a neng a sa tsoa shoeloa ke malapa a ’ona ntoeng e karolong e ka leboea ea Angola. Masole le letšoele lena, ho kopanyelletsa le Makhooa a mang, ba ile ba boela ba otla barab’abo rōna ka sehlōhō.
Joale Silvestre le bara ba bang babo rōna ba ile ba palamisoa literaka eaba ba isoa chankaneng ea São Paulo, e neng e laoloa ke mapolesa a sekhukhu a tummeng hampe. Barab’abo rōna ba ile ba otloa hape ka sehlōhō eaba ba kenngoa seleng ba hatantsoe holimo. Kaha ba ne ba tsoile maqeba a mabe ebile ba tsoa mali a mangata, ba ile ba siuoa hore ba shoe.
Ba boholong ba ne ba nka João Mancoca e le moeta-pele oa sehlopha seo, kaha e ne e le eena mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa. Ka mor’a chapo eo e tšabehang, o ile a nkoa hore a e’o bolaoa, a qosoa ka ho rera ho hlasela Makhooa, ho latela tsela eo ka eona ba boholong ba neng ba utloisisa hampe serapa se hlahileng ho Molula-Qhooa. Mor’abo rōna Mancoca o ile a botsa hore na ba ne ba tla re’ng haeba ba ka fumana makasine e tšoanang e tšoeroe ke Makhooa kapa ke lelapa le Brazil kapa le Portugal? O ile a bontša hore makasine ena e fumaneha hohle ’me e ithutoa ke batho ba lichaba tsohle. Ho netefatsa sena, ba boholong ba ile ba mo isa ka koloi lehaeng la lelapa la Mapotoketsi la Lipaki tsa Jehova. Ha ba bona makasine ena moo ’me ba hlokomela hore lelapa leo le ithutile boitsebiso bo tšoanang, ba ile ba fetola maikutlo ka ho mo bolaea. Mor’abo rōna Mancoca o ile a khutlisetsoa ho bara ba bang babo rōna chankaneng ea São Paulo.
Leha ho le joalo, hase bohle ba neng ba khotsofetse. Ha ba khutlela chankaneng ea São Paulo, molebeli, eo e neng e le monna e mosesaane oa Lepotoketsi, o ile a “hlokomela” Mor’abo rōna Mancoca. Ho mo “hlokomela” ho ne ho kopanyelletsa ho etsa hore a lule motšehare oohle oa mantsiboea a le letsatsing le chesang a sa je. Joale ka hora ea bohlano, molebeli o ile a nka sephali eaba o shapa Mor’abo rōna Mancoca, ea sa ntsaneng a hopola: “Ha ke e-s’o bone motho ea shapang ka sephali joaloka eno. O ile a re a ke ke a khaotsa ho fihlela ke oela fatše ke shoele.” O ile a tsoela pele a mo shapa ka mokhoa ona o hlokang kutloelo-bohloko ka nako e etsang hora, empa qetellong Mor’abo rōna Mancoca ha aa ka a hlola a utloa bohloko. Eaba ka tšohanyetso o ikutloa a tšoaroa ke boroko bo matla hona nakong ea ha a ntse a shapuoa. Molebeli ea khathetseng o ne a kholisehile hore Mancoca oa shoa, kahoo lesole le ile la mo hulanya la mo beha tlas’a lebokose. Ha masole a fihla bosiu ho tla ikholisa hore o shoele, lesole le ile la a bontša lebokose leo Mancoca a neng a le tlas’a lona eaba le a bolella hore o se a ntse a shoele. Ka ho makatsang, o ile a hlaphoheloa, ’me lesole leo le ile la makala ha le mo bona a phela likhoeli tse tharo hamorao holong ea ho jela. Joale le ile la bolella Mor’abo rōna Mancoca makolopetso a se ileng sa etsahala bosiung boo. Ho tšoaroa ke boroko ka tšohanyetso ho ile ha sireletsa mor’abo rōna lefung le neng le mo tjametse.
Mor’abo rōna Mancoca o ile a khona ho kopana le bara ba bang babo rōna ’me ba ile ba tšoara liboka chankaneng. Ka makhetlo a mararo nakong ea ha ba le botlamuoeng ka likhoeli tse hlano chankaneng ea São Paulo, ho ile ha fanoa ka lipuo tsa phatlalatsa ho batho ba ka bang 300. Bopaki bo ileng ba fanoa chankaneng bo ile ba matlafatsa liphutheho ka ntle hobane ha ba qeta ho lokolloa, batšoaruoa ba bangata ba neng ba bontšitse thahasello ba ile ba hatela pele ho fihlela ba kolobetsoa.
Ka likhoeli tseo a li qetileng chankaneng ena, Silvestre Simão o ile a khona ho kopana le sehlopha se hona moo ho ithuta Bibele ka tsela e laolehileng, ka hona a fumana matla a hlokahalang a moea. Ho tloha moo, litho tsa sehlopha sena li ile tsa isoa lichankaneng tse ling le likampong tsa mosebetsi o boima moo ka ho eketsehileng li ileng tsa shapuoa ka sehlōhō ’me tsa etsa mosebetsi o qobelloang. Ka mor’a ho koalloa chankaneng ka lilemo tse ’nè libakeng tse sa tšoaneng, Silvestre o ile a lokolloa ka November 1965. O ile a khutlela Luanda, moo a ileng a kopana le sehlopha sa Lipaki tse kopanelang sebakeng sa Rangel. Kaha tumelo ea hae e ne e se e ntse e lekiloe, qetellong o ile a kolobetsoa ka 1967. Ba bang chankaneng, ho kopanyelletsa le Mor’abo rōna Mancoca, ha baa ka ba lokolloa ho fihlela ka 1970, empa ba ile ba boela ba tšoaroa.
“Ha ba sa Tla Hlola ba Ithuta Ntoa”
Naha e ne e qoetse ntoeng. Empa Bibele e bolela hore ha batho ba ithuta litsela tsa Jehova, ba “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela” ’me “ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” (Esa. 2:3, 4) Banna ba bacha ba Angola ba ne ba tla etsa joang?
Ka March 1969 ’muso o ile oa qala phutuho e sehlōhō khahlanong le bohle ba neng ba hana ho sekisetsa ho se nke lehlakore ha bona ha Bokreste. António Gouveia le João Pereira ba bile har’a ba pele ba ileng ba tšoaroa Luanda. Mor’abo rōna Gouveia o ile a tšoaroa a le mosebetsing eaba o kenngoa ka har’a sele e litšila. E bile feela ka mor’a matsatsi a 45 a tšoeroe ’mè oa hae a ileng a lumelloa hore a mo etele.
Fernando Gouveia, António Alberto le António Matías ba bile har’a ba ileng ba tšoaroa Huambo. Ba ile ba shapuoa ka sehlōhō makhetlo a mararo ka letsatsi. Esita le ’mè oa Fernando ha aa ka a mo tseba ka mor’a lichapo tseo. Qetellong ha barab’abo rōna ba ngolla molaoli oa sesole lengolo ba pepesa tšoaro e hlekefetsang, ho tšoaroa ka sehlōhō ho ile ha fela.
António Gouveia o sa hopola tse ling tsa lintho tse ileng tsa ba thusa ho mamella. Nako le nako ’mè oa hae o ne a pata leqephe la Molula-Qhooa ka har’a lijo tseo a neng a mo tlisetsa tsona. “Ho ile ha re thusa ho boloka likelello tsa rōna li falimehile. Hape ho ile ha matlafatsa bomoea ba rōna.” O boetse o re: “Re ne re pakela mabota ka taba leha e le efe ea Bibele e neng e fihla kelellong.” E le ho ikhothatsa, bara ba bang babo rōna ba ne ba etsa metlae. Ka lentsoe le phahameng, joalokaha eka ba etsa tsebiso ea ketsahalo ea bohlokoa, ba ne ba etsa tsebiso ea palo e khōlō ea lintsintsi tseo ba li bolaileng liseleng tsa bona.
Har’a ba ileng ba tšoaroa Angola ho ne ho e-na le bahlankana ba tšeletseng ba tsoang Portugal ba neng ba rometsoe ho tla etsa tšebeletso ea sesole empa ba hanne ho etsa joalo ka lebaka la letsoalo. E mong oa bona, David Mota, o sa hopola: “Re ile ra hlokomela tšireletso ea Jehova ka makhetlo a mangata. Ba boholong ba ile ba sebelisa mekhoa e mengata ho leka ho senya botšepehi ba rōna, ba lebisa tlhokomelo ho ba neng ba e-s’o kolobetsoe har’a rōna. Leqheka le leng leo ba neng ba le pheta-pheta e ne e le ho re tsosa har’a bosiu, ba khethe ba bahlano sehlopheng sa rōna, ebe ba nka a le mong, ba mo supa hloohong ka sethunya seo ba neng ba batla hore re nahane hore se hlahletsoe, ebe baa se khoephetsa. Leqheka le tšoanang le ne le phetoa ka mor’a metsotso e mashome a mararo ha re qeta ho khutlela libetheng tsa rōna. Bohle re leboha Jehova ha re ntse re phela. Qetellong ba boholong ba ile ba re hlompha ’me ra lumelloa ho tšoara liboka chankaneng. Re ile ra thaba hakaakang ho bona batho ba tšeletseng bao re kentsoeng chankaneng le bona ba kolobetsoa ba ntse ba le chankaneng!”
Le hoja barab’abo rōna ba ne ba boleletsoe hore ba tla lula chankaneng ho fihlela ba e-ba lilemo li 45, ha hoa ka ha hlokahala hore ba lete lilemo tse ngata hakaalo. Leha ho le joalo, tseo e ne e le linako tse thata. Se ileng sa ba hlahela se ile sa hloekisa tumelo ea bona. Kajeno, ba bangata ba bara bana babo rōna ba sebeletsa e le baholo ka liphuthehong.
Puso ea Bokolone e Fela ka Tšohanyetso
Ka la 25 April, 1974, ho ketoloa ha ’muso Portugal ho ile ha felisa puso ea khatello moo. Ntoa ea lilemo tse 13 Angola e ile ea lala, ’me masole a Mapotoketsi a qala ho ikhula. Ho ile ha hlongoa ’muso oa nakoana o neng o lebeletsoe hore o sebetse ka likhoeli tse leshome, ho qala ka la 31 January, 1975, empa o ile oa nka likhoeli tse tšeletseng feela.
Qalong, Lipaki tsa Jehova li ile tsa rua molemo phetohong ena ea tšohanyetso. Ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 25 tse kentsoeng chankaneng ea Cabo Ledo ka lebaka la ho se nke lehlakore tse ileng tsa tšoareloa ke ’muso ka May. Har’a tsona ho ne ho e-na le tse tšeletseng tse tsoang Portugal tse neng li hanne ho nka lehlakore ntoeng leha e le efe, ho kopanyelletsa le lintoa khahlanong le likolone tsa Afrika. Bara baa babo rōna ba Makhooa ba ne ba tla etsa joang ka tokoloho ee ea bona e sa lebelloang? David Mota oa hlalosa: “Kaha re ne re matlafalitsoe ke kamano ea rōna e haufi le Jehova chankaneng, kaofela ha rōna ba tšeletseng re ile ra etsa qeto ea ho lula Angola le ho qala tšebeletso ea bopula-maliboho hang-hang.”
Ho mamelloa ha bolumeli e ne e le phihlelo e ncha ho Lipaki tse 1 500 Angola. Ho ne ho se ho se na mapolesa a sekhukhu, ’me Lipaki li ne li ka kopana ka bolokolohi. Li ile tsa batlisisa Luanda ho fumana liholo, litsi tsa boikhathollo, kapa libaka leha e le life tse ling tse ka sebelisoang ke palo e hōlang ea Lipaki tsa Jehova. Ho fihlela ka nako ena, liphutheho tse 18 kaofela naheng ena li ne li kopanela malapeng.
Ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa seboka se khethehileng sa tšebeletso Pavilhão do Ferrovia. José Augusto, eo hona joale e leng setho sa lelapa la Bethele Portugal, o ne a le har’a barab’abo rōna ba 400 ba menngoeng ba tsoang liphuthehong tse ’maloa. O sa hopola: “Ka lekhetlo la pele ke ne ke bona bara le barali babo rōna ba bangata ba le ’moho ka bolokolohi! Ho ne ho le thata ho kholoa hore sena sea etsahala. Ho ne ho rena thabo ha bohle ba tsoakana ka bolokolohi, ba thabela ho kopana le liphutheho tse ling.”
Thabo ea Moea Nakong ea Moferefere
Mekha e meraro ea sechaba e ne e tseka matla: MPLA, FNLA le UNITA. Lihlopha tse hlometseng tse tsoang mekheng e loantšanang li ile tsa hlasela Luanda ’me mokha ka mong oa theha ntlo-khōlō ea oona. Luis Sabino, paki e boneng ka mahlo, o re: “Qalong, ho ne ho thunya batho ba ipatileng feela. Joale ha lehloeo le ntse le eketseha, ho ile ha sebelisoa libetsa tse matla haholoanyane. Makoloi a ntoa a ile a bonahala literateng, ’me ha tsoibiloa lirokete. Ho ile ha senngoa matlo a makholo, ho kopanyelletsa le a barab’abo rōna.”
Ka bohlale ho ile ha hlokomeloa hore liboka tsa phutheho li lokela ho tsoela pele li tšoaroa litsing tsa thuto ea buka. Manuel Cunha o sa hopola: “Ho ne ho tloaelehile hore liboka li sitisoe ke merathatha e thunyang haufi le rōna. E mong le e mong o ne a iphutha-phutha ho fihlela ho thunya ho khaotsa, ebe joale lenaneo le tsoela pele. Ka linako tse ling ho ne ho tingoa mabone ho qoba ho hapa tlhokomelo. Ha seboka se fela, barab’abo rōna ba ne ba tsamaea ka hloko.”
Ho sa tsotellehe likotsi, barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho atolosa tšebeletso ea bona. Delucírio Oliveira oa hlalosa: “Mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe nakong ea ’muso oa bokolone, kahoo ho ea ka ntlo le ntlo ka bolokolohi e ne e le phihlelo e ncha ho bahoeletsi ba bangata. Bo-pula-maliboho ba ile ba etella pele ’me ba khothatsa ba bang hore ba tsamaee le bona. Liboka tsa tšebeletso ea tšimo li ne li tšehetsoa hantle.” Leha ho le joalo, matšoao a ntoa a ne a ba potolohile. O tsoela pele: “Ho ne ho tloaelehile ho utloa molumo oa lithunya ha re le tšebeletsong ea tšimo. Ka linako tse ling re ne re tlameha ho khelohela ka thōko ho tsela ho fapoha mali a sa tsoa tšolloa tseleng ea rōna. Ka linako tse ling, re ne re feta litopo literateng.”
Baralib’abo rōna ba babeli, e mong e le pula-maliboho, ba ne ba le tšebeletsong ea tšimo ha libomo li phatloha haufi le bona. E mong oa baralib’abo rōna o ile a iphutha-phutha haufi le lebota ka hohle kamoo ho ka khonehang eaba o etsa tlhahiso ea hore ba boele hae. Pula-maliboho o ile a mo khothalletsa hore a tsoele pele ka nakoana e teletsana, a mo tiisetsa hore ba tla khaotsa haeba ho phatloha ha libomo ho ka qalisa bocha. Hamorao hona hoseng hoo, ba ile ba qala thuto ea Bibele le banyalani ba ileng ba batla ho ithuta hararo ka beke.
Maemo a sa tsitsang ha aa ka a thibela barab’abo rōna ho tšoara kopano ea bona ea pele ea potoloho holong ea sechaba ka March 1975. Ho ile ha hiroa mohaho oa boikhathollo o moholo ka ho fetisisa Luanda, Cidadela Desportiva, bakeng sa ketsahalo ena. E le boitšireletso, ho ile ha mengoa feela ba neng ba e-ba teng kamehla libokeng. Leha ho le joalo, ho bile teng ba 2 888.
Kaha tsohle li ile tsa tsamaea hantle, barab’abo rōna ba ile ba mema batho ba thahasellang le ba khanneloang lithuto tsa Bibele ho ba teng kopanong ea bobeli. Aníbal Magalhães o re: “Se ileng sa re khahla ha re kena mohahong oa boikhathollo ke mantsoe a maholo ka holim’a sethala a ngotseng sehlooho sa kopano, ‘Mofuta oa Batho oo le Tšoanetseng ho ba Oona.—2 Pet. 3:11.’ Pele lenaneo le qala, mohaho oa boikhathollo o ne o tletse tsoete! Re ile ra hlolloa ha ho etsoa tsebiso ea hore ho bile teng ba 7 713. Ba bangata ba ile ba sitoa ho thiba meokho ea thabo. Seo re se bonang se ne se supa ka ho hlaka mosebetsi o moholo oa ho bokella o larileng ka pele, ’me re ile ra leboha Jehova ka ho re sireletsa ho fihlela letsatsing lena.”
Ka mor’a thapelo e koalang, ha barab’abo rōna ba hloekisa mohaho, molumo oa lithunya o ile oa utloahala hape, lekhetlong lena o utloahala sebakeng sohle. E ne e boetse e le khopotso ea hore ba ‘lutse ka nakoana le ba hloileng khotso.’—Pes. 120:6.
Ho Tsekolloa ke Ntoa
Naha e ne e tsekolloa ke lihlopha tse tharo tse loantšanang tsa lipolotiki, ’me Luanda e ile ea fetoha lebala la ntoa. Sesole se ile sa etsoa ka ho ngolisa banna le basali, esita le bana ka ho ba qobella. Bashemane ba banyenyane ba apereng junifomo ba ka bang lilemo li 12 ba ile ba qala ho hlahella literateng ba nkile lithunya tsa merathatha tseo ba neng ba thunyaka feela ka tsona ba sa khethe. Lithunya tsa merathatha, libomo tse phatlohang, lirokete le limisaele li ile tsa etsa hore ho be thata ho robala ka masiu a mangata. Angola e ile ea kena nakong ea ntoa e sa khaotseng. Ka lebaka la sena, moloko oohle oa bacha ba Angola o ile oa emoloa, oa tsoaloa, ’me oa hōlisetsoa har’a pefo, lerata la lithunya le ho phatloha ha libomo.
E le ho matlafatsa bara le barali babo bona ba Bakreste, balisa ba tšepahalang ba moea ba ne ba ba fapohela kamehla malapeng a bona ha ba e-ea mosebetsing leha ba khutla teng. Ba ne ba netefatsa hore e mong le e mong o sireletsehile ’me hangata ba ne ba bala lengolo le le leng kapa a mabeli le lelapa.
Ho ba teng libokeng le ho ea tšebeletsong ho ne ho hloka sebete le ho itšetleha ka Jehova. Leha ho le joalo, hangata ho tsejoa u le e mong oa Lipaki tsa Jehova e ne e le tšireletso e molemohali. Faustino da Rocha Pinto o ne a le tseleng e eang ofising ea Mokhatlo ha ka tšohanyetso lesole le mo supa ka sethunya ’me le kharuma: “U ea hokae? Mokha oa heno ke ofe? Re fe mokotla oa hao!” Ha lesole le o bula le ile la fumana Bibele feela le lingoliloeng tse ling tsa Watch Tower. Hang-hang, bohale ba lona ba kokobela. “Bee! u e mong oa Lipaki tsa Jehova! Ke masoabi; u ntšoarele. U ka ikela.”
Ketsahalong e ’ngoe, lesole le ile la kharumela morali’abo rōna e monyenyane: “U tšehetsa mokha ofe?” O ile a araba: “Ha ke setho sa mokha leha e le ofe. Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Eaba lesole lena le re ho masole a mang: “Mo shebeng! Ak’e le mo shebisiseng! Shebang mose oa hae oa letheka! Bonang kamoo a apereng ka mokhoa o hlomphehang kateng. Ha a tšoane le banana ba bang. Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Morali’abo rōna o ile a lumelloa hore a tsamaee, empa ka mosa a hlokomelisoa hore a be seli.
Puisano le liphutheho, haholo-holo tse liprofinseng, e ile ea e-ba thata ka ho eketsehileng ha ntoa e ntse e tota. Masole a ne a kena motseng, a tlatlapa matlo, ’me a chesa seo a sa se nkeng. Sena se ile sa qobella ba likete, ho kopanyelletsa le Lipaki tse ngata, ho balehela morung. Banga, moo ba 300 ba neng ba e-ba teng libokeng hammoho le bahoeletsi ba 100, kaofela ha bona ba ile ba qobelloa ho siea mahae a bona ’me ka linako tse ling ba balehela morung ka matsatsi a ’maloa. Liphutheho tsa Jamba le Cela le tsona li ile tsa baleha ka ‘meea ea tsona feela e le thepa e hapuoeng.’ (Jer. 39:18) Lipaki tse ngata tsa Makhooa tse neng li ntse li le Lubango li ile tsa ea Windhoek, e Namibia ea boahelani.
Ho ne ho batla ho le thata ho fa bara bana babo rōna ba leng morung lingoliloeng. Liphutheho tse ling, tse kang ea Malanje, Lobito, Benguela, Gabela, Huambo le Lubango, ka linako tse ling ho ne ho le thata ho kopana le tsona ka likhoeli tse ’maloa.
Nako e Utloisang Bohloko
Hang ha joko ea bokolone e tlosoa, Mapotoketsi a likete a ile a qala ho tsoa ka har’a naha. Ha moferefere o ja setsi, a ile a tlameha ho baleha ka potlako. A mangata a ile a khona ho tsamaea le thepa e fokolang haholo. Ho bontša kamoo Makhooa a neng a hloiloe kateng, mokha o mong oa lipolotiki o ile oa phatlalatsa hore ba tla bolaea mak’halate hobane baholo-holo ba ’ona ba ile ba kopana le Makhooa.
Ho hlakile hore barab’abo rōna ba Mapotoketsi le ba Angola ba ne ba se na lehloeo lena. Ho ne ho e-na le tlamo e matla ea lerato la bara ba motho pakeng tsa bona. Ho tsamaea ha Mapotoketsi ho ile ha bolela hore metsoalle ea bona e mengata e haufi e ne e tsamaea. Ka June 1975 barab’abo rōna bohle ba Mapotoketsi ba neng ba eteletse pele mosebetsing ba ile ba tlameha ho tsamaea. Bolebeli ba mosebetsi oa boboleli le kaloso ea mohlape oa Molimo li ile tsa siuoa matsohong a barab’abo rōna ba tšepahalang ba sebakeng sena. Bongata ba bona e ne e le banna ba malapa ba neng ba sebetsa ka nako e tletseng. Le hoja ba utloisitsoe bohloko ke ho tsamaea ha barab’abo bona ba Mapotoketsi, ba ne ba ikemiselitse ho tsoela pele ka thuso ea Jehova.
Ba ile ba tobana le maemo afe? Ka potlako lekala la Portugal le ile la amohela molaetsa ona o tšoenyang maikutlo o tsoang ofising ea Luanda: “Hona joale motse o ruthuthoa ka libomo. Litsela li thibiloe. Puisano le metse e meng e emisitsoe. Kou ea Luanda e koetsoe. Mabenkele a felloa ke lijo. Ho qalile bosholu le tlatlapo. Ho na le thibelo ea ho tsamaea ka mor’a 9:00 bosiu. Leha e le mang ea fumanoang seterateng ka mor’a hora ena a ka thunngoa.”
Khatelo-pele ea Bahlanka ba Jehova
Nako ena ea pherekano ea lipolotiki e ne e le nako ea khōlo ea moea eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng. Tlhōrō ea bahoeletsi e ile ea fihla ho 3 055, eo e neng e le keketseho ea karolo ea 68 lekholong ho feta selemong se ka pele ho seo. Ba bileng teng Sehopotsong ba bile 11 490!
Ka la 5 September, 1975, ho ile ha amoheloa litaba tseo e leng khale li lebeletsoe. Letona la toka la ’muso oa nakoana le ile la phatlalatsa hore Lipaki tsa Jehova ke “mokhatlo oa bolumeli” o nkoang ka molao. João Mancoca o sa hopola: “Ho ne ho e-na le thabo e khaphatsehang har’a barab’abo rōna. Ho ne ho se mohla ba kileng ba tseba bolokolohi bo feletseng ba ho rapela pepenene. E ne eka menyako ea chankana e ahlame. Ka lekhetlo la pele, liboka le likopano tsa potoloho li ne li ka tšoaroa sechaba sohle se tseba hantle ka tsona. Likopano tsa potoloho tse ileng tsa hlophisoa nakong ea selemo ka 1976 li ile tsa matlafatsa mosebetsi haholo ’me tsa matlafatsa boikemisetso bo neng bo tla hlokahala lilemong tse tlang.”
Ho ne ho reriloe hore ho be le likopano tse hlano tsa potoloho, empa ka masene ha hlokomeloa hore ho tšoaroe lipokano tsa liphutheho tse tharo kapa tse ’nè feela ka nako. Hape ho ile ha abeloa barab’abo rōna ba bararo ho etela liphutheho ka mafelo-beke e le balebeli ba potoloho.
Ho theosa le lilemo, maemo Angola a ne a sa lumelle balebeli hore ba be teng likolong leha e le life tse khethehileng tse hlophisitsoeng ke Mokhatlo. Kahoo ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore baholo ba tšoareloe Sekolo sa pele sa Tšebeletso sa ’Muso ho tloha ka la 19 ho fihlela ka la 24 May, 1976. Barab’abo rōna ba babeli ba Angola ba ile ba e-ba teng sekolong Portugal ’me ba koetlisoa. Ha ba khutla, ba ile ba tšoara likolo tse joalo Luanda, ’me Mário P. Oliveira ea tsoang lekaleng la Portugal o ile a tla thusa.
Baholo ba 23 ba ile ba ananela haholo thuto e thehiloeng Bibeleng e ba thusang ‘ho lisa mohlape oa Molimo.’ (1 Pet. 5:2) Carlos Cadi, eo ka nako eo a neng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho, o sa hopola phello ea sekolo seo: “Baholo ba ile ba khona ho bona mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka leihlo le lecha. Sekolo se ile sa senolela barab’abo rōna tšobotsi e rutang ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ba ile ba ithuta kamoo ba ka thusang barab’abo rōna liphuthehong ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho rarolla mathata. Hape sekolo se ile sa thusa baholo hore ba bone kamoo ba ka hlophisang hamolemo kateng mosebetsi oa phutheho, ba sebelisa ka botlalo haholoanyane bokhoni ba bahlanka ba sebeletsang, ba sebeletsang hammoho le bona.”
Ho amoheloa ka molao ho boetse ha bolela hore Libibele le lingoliloeng tsa Bibele li ka kenngoa ka har’a naha. Pele likhoeli tse hlano li fela, liphutheho tse ling li ile tsa amohela limakasine tsa tsona tsa pele. E bile tlhohonolofatso e kaakang qetellong ho ba le litokollo tse feletseng tse maqephe a 32 tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Barab’abo rōna ba ne ba kene ka potlako ka ‘monyako o moholo o isang tšebetsong oo ba neng ba o buletsoe.’ (1 Bakor. 16:9) Leha ho le joalo, maemo a sa tsitsang naheng ena a ile a baka mathata a eketsehileng a tebileng.
Le hoja ka la 11 November, 1975, naha e ile ea itokolla ka molao pusong ea Portugal joalokaha ho ne ho reriloe, ka potlako ntoa pakeng tsa mekha e meholo ea lipolotiki e ile ea fetoha ntoa e feletseng ea lehae. Ho ile ha thehoa lirephabliki tse ikemetseng, Luanda e le motse-moholo oa MPLA e tšehetsang Marx. Huambo e ile ea fetoha motse-moholo oa UNITA le FNLA tse ikopantseng.
Mashano a lipolotiki a sehlopha se seng khahlanong le se seng a ile a baka lehloeo la morabe le la meloko leo ho seng mohla le kileng la e-ba teng. Motse-moholo, lipolao tse sehlōhō—esita le ho chesa batho literateng—e ile ea e-ba tse tloaelehileng. Hangata molato oa bahlaseluoa e ne e le hore ba bua puo e ba amahanyang le sebaka se thōko le Luanda. Lehloeo lena la basele le ile la baka tsitsipano e ileng ea baka khoholeho e khōlō ea baahi ha batho ba likarolong tse ka leboea le boroa tsa naha ba balehela liprofinseng tseo ba tsoaletsoeng ho tsona. Leha ho le joalo, ka sebete bara ba bang babo rōna ba ile ba sala liprofinseng tseo e seng tsa habo bona e le hore ba hlokomele litlhoko tsa barab’abo bona ba moea.
“Viva Jehova!”
Lipaki tsa Jehova li ile tsa boela tsa tobana le mahloriso a sehlōhō. Lipaki tse Luanda li ile tsa bitsetsoa ka pel’a likomiti tsa metse tse ileng tsa leka ho li qobella ho reka likarete tsa mekha ea lipolotiki. Boemong bona ba tsitsipano, Biro ea Lipolotiki ea Komiti e Bohareng ea MPLA e ile ea qosa Lipaki ka hore li susumetsa batho hore ba se ke ba mamela ’Muso, ba se ke ba hlompha folakha le ho hana ho sebeletsa sesoleng. Ha hoa ka ha mameloa se hlalosoang ke Lipaki tsa Jehova tabeng ena.
Ka March 1976, ho ile ha romeloa lingoliloeng tsa Bibele Angola li tsoa Portugal. Ho ne ho e-na le Libibele tse 3 000, likopi tse 17 000 tsa buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, likopi tse 3 000 tsa buka ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng Ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape, esita le limakasine. Tsena tsohle li ile tsa nkoa ka mahahapa ke ba boholong ’me ba li chesa.
Ka la 27 May, 1976, liphatlalatso tsa ’muso tsa seea-le-moea li ile tsa laela likomiti tsohle tsa metse le mekhatlo ea ’Muso hore li behe mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova leihlo. Kereke e K’hatholike e ile ea etsa liphatlalatso letsatsi ka leng seea-le-moeeng sa eona hore Lipaki tsa Jehova ke likhukhuni.
Lipaki li ile tsa qobelloa ho tsoa meleng ea lijo. Mekhopi e ne e bokana ka ntle ho libaka tseo liboka tsa phutheho li tšoareloang ho tsona. Bana ba ile ba hlorisoa sekolong. Bana ba José dos Santos Cardoso le mosali oa hae, Brígida, ba ile ba hatelloa ka matla hore ba phete mapetjo a lipolotiki, ba bine pina ea sechaba ’me ba hooe ba re “Jehova a theoloe.” Ba ile ba hlekefetsoa hobane ba hana. José e monyenyane, eo ka nako eo a neng a le lilemo li robong, ka potlako o ile a hoeletsa ’me a re: “Ho lokile, ke tla re ‘Viva [phela ka ho sa feleng]!’” E mong le e mong o ile a leta. Qetellong, moshanyana e monyenyane o ile a hoeletsa “Viva Jehova!” Le pele ba elelloa hore na o itse’ng, ka lentsoe le le leng ba ile ba hoeletsa “Viva!”
Ka “Sebōping”
Mokha o busang o ne o ikemiselitse ho qobella Lipaki ho kenela sesole. Sena se ile sa lebisa mahlorisong a eketsehileng a sehlōhō.
Ka la 17 February, 1977, Artur Wanakambi, mor’abo rōna ea chesehang Profinseng ea Huíla, o ile a leka ho hlalosa boemo ba hae ba ho se nke lehlakore empa ha se ke ha thusa letho. Eena hammoho le bara ba bang babo rōna ba bararo ba ile ba etsoa mponeng literateng ha ba isoa chankaneng. Bashebelli, ho kopanyelletsa le batho ba fielang seterateng, ba ile ba mengoa hore ba ba shape. Letsatsing le hlahlamang basali ba bararo ba bara bana babo rōna ba nyetseng ba ile ba ea chankaneng ho ea fumana hore na ho etsahala’ng ka banna ba bona. Ka mor’a ho leta nako e telele, basali bana ba ile ba shapuoa ka sehlōhō, ba siuoa ba otliloe ’me ba tsoa mali. Motšehareng oo oa mantsiboea, barali bana babo rōna ba ile ba iphumana ba le chankaneng eo banna ba bona ba neng ba le ho eona.
Mor’abo rōna Teles o bolela se ileng sa etsahalla sehlopha se seng sa barab’abo rōna ba ileng ba kenngoa chankaneng matsatsi a leshome hamorao: “Rōna ba 35 re ile ra kenngoa ka ‘sebōping.’ E ne e le kamore e bolelele ba limithara tse supileng le bophara le bophahamo ba limithara tse tharo. Holim’a siling ea konkreiti e kentsoeng tšepe, ho ne ho e-na le masoba a mabeli a manyenyane a kenyang moea, a neng a le manyenyane hoo motho a neng a ke ke a khona ho kenya letsoho ho ’ona. E ne e le nakong e chesang haholo ea selemo, ’me sele e ne e le sebōpi sa ’nete. Kaha ba ne ba ikemiselitse ho re bolaea, ba ile ba koala masoba ana a mabeli.
“Ka letsatsi la bone, re ile ra ipiletsa ho Jehova hore a re fe matla a ho mamella mocheso ona o bohale. Re ile ra hopola bahlankana ba bararo ba tšepahalang ba mehleng ea Daniele ba ileng ba lahleloa sebōping sa mollo. Letsatsing le hlahlamang, hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng, ho ile ha utloahala lerata le leholo monyako, eaba oa buleha. Re ile ra thuseha hakaakang ho hema moea o hloekileng! E ne e le mohlokomeli oa teronko. A ntse a tšoeroe ke boroko, o ile a bula lemati eaba oa oa. Ka mor’a metsotso e ka bang leshome, molebeli oa teronko o ile a tsoha eaba o koala lemati a sa re letho. Re ile ra leboha Jehova bakeng sa ho fumana moea o hloekileng ka metsotso ea bohlokoa e seng mekae.
“Matsatsi a ’maloa hamorao, bara ba bang babo rōna ba supileng ba ile ba kenngoa kamoo re leng ka teng. Ho ne ho se ho se na sebaka sa ho lula. Re ile ra shapuoa ka makhetlo a ’maloa. Mocheso o ile oa eketseha, ’me machachetsi a feberu le maqeba a ho shapuoa a ne a nkha hampe.
“Ka la 23 March re ile ra keteka Sehopotso, le hoja e ne e le puo feela e se nang litšoantšetso. Ka nako eo, ka kakaretso re ne re le 45. Ba bang ba rōna ba ile ba qeta matsatsi a 52 ka har’a ‘sebōpi’ ’me ba phela.”
Ha ba qeta ho ntšoa ka har’a “sebōpi,” ba ile ba romeloa kampong ea mosebetsi ea Sakassange, bohōle ba lik’hilomithara tse 1 300 profinseng e ka bochabela ea Moxico.
Mahloriso “a Etsoa a Molao”
Ka la 8 March, 1978, Biro ea Lipolotiki ea Komiti e Bohareng ea MPLA e ile ea phatlalatsa hore “kereke ea ‘Lipaki tsa Jehova’” ha ea lumelloa ka molao ’me ea e thibela. E le ho tiisa hore phatlalatso ena e tsejoa hohle, e ile ea etsoa ka makhetlo a mararo letsatsi ka leng seea-le-moeeng sa Luanda. Molao-taelo oa pele o ne o ngotsoe ka Sepotoketsi, empa ho tiisa hore e mong le e mong o tseba litaba tsena, phatlalatso e ile ea boela ea hasoa beke eohle ka lipuo tsa Sechokwe, Sekikongo, Sekimbundu le Seumbundu. Qetellong, molao-taelo oo o ile oa hatisoa koranteng ea mokha oo, Jornal de Angola, ka la 14 March, 1978. Bonneteng, thibelo ena e ne e mpa e etsa hore mahloriso a neng a se a ntse a etsoa “e be a molao.”
Linyefolo tsa Mokhatlo oa Tšireletso ea Sechaba (ODP [Organization for the Defense of the People]) li ile tsa eketseha. Lipaki tsa Jehova tse ngata li ile tsa phuthoa ’me tsa kenngoa chankaneng ntle ho nyeoe. Lifektheri li ile tsa tsometsoa ho pholletsa le Luanda. Fekthering ea lisutuk’heise ea Malas Onil, ho ile ha tšoaroa Lipaki tse 14. Toropong ea Lubango, ho ile ha tšoaroa tse ling tse 13. Matsatsi a se makae hamorao, litlaleho li ile tsa tiisa hore ho tšoeroe tse 50 Ndalatando. Pele beke ea pele e fela ka mor’a thibelo, bonyane ho ne ho koaletsoe bara le barali babo rōna ba 150 chankaneng.
Sena se ile sa lateloa ke ho lelekoa ha Lipaki ka khatello moo li sebetsang teng. Ha hoa ka ha nahaneloa lilemo tse ngata tsa boitšoaro bo behang mohlala, ho ba le bokhoni kapa ho sebetsa hantle. Ha e le hantle, tse ling tse ileng tsa lelekoa mosebetsing li ne li le maemong a phahameng a amanang le khōlo ea moruo naheng ena.
Basali ba ne ba sa behelloa ka thōko. Ofisiri ea sesole e ile ea bona Emília Pereira ka pel’a ntlo ea hae eaba e mo botsa hore na ke hobane’ng ha e se lesole. Ha a araba hore ha a batle letho le amanang le polao kapa tšollo ea mali, e ile ea lemoha hore ke Paki. Ha a lumela hore ke eona, o ile a bolelloa hore a palame terakeng e letileng. Banab’abo ba banyenyane ba banana ba ile ba tla sheba se etsahalang, eaba le bona ba sutumelletsoa ka terakeng. Ho sa le joalo, ntate oa hae o ile a fihla lapeng. Ofisiri e ile ea mo laela hore a kene terakeng. Ha ba se ba tla tsamaea, mor’abo rōna ea neng a lula haufi o ile a botsa hore na ho etsahala’ng. Le eena ba ile ba mo phamola eaba ba mo qobella ho kena ka terakeng.
Ba ile ba isoa chankaneng, moo baralib’abo rōna ba ileng ba kenngoa seleng ea basali. Mantsiboea a mang le a mang, liofisiri li ne li leka ho hlekefetsa barali bana babo rōna ba banyenyane ka likamano tsa botona le botšehali, empa baralib’abo rōna ba ne ba khomarelana, ba lla ’me ba rapela ka mantsoe a phahameng. Boitšoaro ba bona bo ile ba nyopisa morero o mobe oa banna bao, ’me ha baa ka ba ba beta.
Barab’abo rōna profinseng ea Malanje le bona ba ile ba lekoa haholo. Tšoaro e sehlōhō ea José António Bartolomeu ea lilemo li 74 e ile ea fella ka lefu la hae. Domingas António o ile a fokola haholo ka mor’a ho tšoaroa le ho shapuoa khafetsa hoo a ileng a shoa nakong ea ha a hlasetsoe ke malaria. Manuel Ribeiro o ile a fuoa chefo ’me a shoa ka lebaka la ho ngolla lelapa la hae lengolo a le chankaneng.
Beke ka mor’a thibelo, ho ile ha tšoaroa seboka le baholo ba tsoang liphuthehong tsohle tsa Luanda. Ba ile ba fuoa khothatso ea Mangolo le tataiso mabapi le mosebetsi oa bona nakong e tlang, ’me ba ile ba fetisetsa sena liphuthehong. Boikemisetso ba bona bo ile ba matlafatsoa ke ha ba nahana ka temana ea selemo ea 1978: “Ba ke ke ba u hlōla, etsoe ‘[’na Jehova] ke na le uena ho u lopolla.’”—Jer. 1:19.
Boipiletso ho ba Boholong ’Musong
Ka la 21 March, 1978, barab’abo rōna ba bararo ba neng ba sebeletsa e le batsamaisi ba Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova Angola ba ile ba romela boipiletso ho Biro ea Lipolotiki ea MPLA, ba khothalletsa hore tlōlo ea molao e etsetsoe qeto ke makhotla ’me ho kenngoa chankaneng ha Lipaki ho seng molaong ho khaotse. Likopi tsa lengolo lena li ile tsa romeloa ho mopresidente oa rephabliki le tona-khōlō, esita le letona la tšireletso, la toka, la thuto le la setso. Ha hoa ka ha fumanoa karabo.
E le ho latela mohlala oa moapostola Pauluse, ho ile ha etsoa boipiletso bo eketsehileng ho balaoli ba phahameng ka ho fetisisa naheng eo. (Lik. 25:11) Lengolo lena, le rometsoeng ke lekala la Portugal, ka tlhompho le ile la kōpa mopresidente oa People’s Republic of Angola hore a hlahlobe tlaleho ea Lipaki tsa Jehova ’me nyeoe ea tsona e hlahleloe. Ho ile ha etsoa kōpo ea hore makhotla a batlisise litaba tse amang Paki ka ’ngoe e koaletsoeng chankaneng. Lekhetlong lena, lekala la Portugal le ile la amohela karabo e bolelang hore taba ena e tla batlisisoa.
Ho Angoa ka Botebo ke Boikemisetso bo Tiileng
Ntoa ea lehae e ile ea ’na ea kupa Angola, kahoo ho ne ho e-na le baeti ba fokolang ba tsoang linaheng lisele. Leha ho le joalo, ka 1979 komiti ea naha ea Angola e ile ea utloa hore Albert Olih, molebeli ea tsoang lekaleng la Nigeria, o ne a tla fihla ka August. Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang!
Mor’abo rōna Olih o re: “E ne eka ke liahelong tsa sesole beke eohle. Hohle moo u shebang teng ho ne ho e-na le masole a hlometseng.” Bosiu o ne a hlobaetsoa ke ho thunyana seterateng.
Lipaki tsa Angola li ne li bone liphetoho tse potlakileng lilemong tse fetileng. Ho tloha ka 1973, ha naha e ne e ntse e le tlas’a puso ea bokolone, ho fihlela ka 1976, ho ne ho bile le keketseho ea karolo ea 226 lekholong ea palo ea bahoeletsi. Joale ha mahloriso a tota ka 1977, a lateloa ke thibelo ka 1978, khōlo e ile ea ema. Lipaki tse ngata naheng ena li ne li sa tsoa kolobetsoa—tse 1 000 li ile tsa kolobetsoa ka 1975 feela. Le hoja ho ne ho e-na le liphutheho tse 31, tse ngata tsa tsona li ne li se na baholo. Kaha ho ne ho se na tlhokomelo e lerato ea balisa ba moea, mathata a itseng a tebileng le ho se hloeke boitšoarong li ne li ntse li e-s’o rarolloe. Liphutheho tsohle tse libakeng tse kang Malanje, Waku Kungo le Ndalatando li ne li le likampong tsa chankana ka nako ena.
Ha Mor’abo rōna Olih a fihla, o ile a fuoa lethathamo le pharaletseng le lokolisang likarolo tseo ho neng ho hlokahala hore ho buisanoe ka tsona. Ho ile ha lebisoa tlhokomelo litseleng tseo ka tsona Lipaki tsa sebaka sena li ka ntšetsang pele tšebeletso ea tsona e fanoeng ke Molimo tlas’a maemo a leng teng. Ho ile ha fanoa ka tataiso ea kamoo ho ka fanoang ka lingoliloeng ho sa tsotellehe pampiri e fumanehang ka thata. Hape ho ile ha tšohloa tlhokahalo ea lingoliloeng tse eketsehileng ka lipuo tsa sebaka sena, empa le teng, e le hore ho tla hlokahala nako ho fumana hammoho le ho koetlisa bafetoleli ba tšoanelehang.
Hape tlhokomelo e ile ea lebisoa mathateng a leng liphuthehong. Mor’abo rōna Olih o ile a totobatsa hore bohle, ho kopanyelletsa le baholo, ba lokela ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Bibele. Ha ho ea lokelang ho ikutloa hore ha a hloke keletso. Ho ile ha arabeloa lipotso mabapi le litšoaneleho tsa kolobetso, ho ngolisa manyalo, le ho eteloa ha liphutheho ke balebeli ba potoloho. Barab’abo rōna ba Angola ba ile ba ananela hore ebe Mokhatlo o lokiselitse hore ba fumane tataiso ea Mangolo ka mor’abo rōna ea nang le phihlelo e joalo.
Nakong ea ketelo ea Mor’abo rōna Olih, ho ile ha tšoaroa seboka le baholo ba Luanda le baholo leha e le bafe ba libakeng tse ling ba neng ba ka khona ho tla. Ka 10:00 hoseng, ba ile ba qala ho fihla, ka bomong, e le hore ba se ke ba tlisa tlhokomelo sebakeng seo seboka se tšoareloang ho sona. Leha ho le joalo, pele seboka se qala ka 7:00 thapama, sebaka se ile sa fetoloa habeli hobane ho ne ho bonahala hore sebaka se khethiloeng se behiloe leihlo. Ha Mor’abo rōna Olih a fihla sebakeng sa boraro, o ile a fumana baholo ba 47 ba lutse lebaleng ba mo emetse. Ha ho fetisoa litumeliso tse tsoang lelapeng la Bethele la Nigeria, ba ile ba bontša kananelo ka ho tsoka matsoho ba khutsitse. Puo ea hae ea hora e ne e le puisano e thehiloeng Bibeleng mabapi le tokisetso ea baholo, a totobatsa tlhokahalo ea baholo ba eketsehileng phuthehong ea Bokreste ’me a lokolisa mesebetsi e amehang. Ka mor’a puo, barab’abo rōna ba ile ba botsa lipotso ka lihora tse eketsehileng tse peli ho fihlela ba lokela ho tsamaea e le hore ba fihle malapeng ba sireletsehile pele ho nako eo batho ba thibetsoeng ho tsamaea ka eona.
Mor’abo rōna Olih o ile a ikutloa joang ka beke eo a e qetileng le barab’abo rōna ba Angola? “Ruri ke ruile molemo o moholo. Ke ile ka angoa ka botebo ke boikemisetso bo tiileng ba bara le barali babo rōna ba ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata ao ba leng ho ’ona. Ke ile ka tloha Angola ke ntse ke etsa thapelo ka pelong ’me mahlo a ka a sekile meokho ka lebaka la barab’abo rōna bao, le hoja ba utloa bohloko, ba bososelang ka lebaka la tšepo e hlollang eo ba nang le eona.”
Ketelo e Latelang Eo
Selemo ka mor’a ketelo ea Mor’abo rōna Olih, Sehlopha se Busang se ile sa romela Albert Olugbebi, eo le eena a tsoang lekaleng la Nigeria, ho ea sebeletsa barab’abo rōna ba Angola. O ile a buella hore ba tšoare Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho bakeng sa bo-pula-maliboho ba 50 ba kamehla. Hape, o ile a ba khothalletsa hore ba leke ho ba le likopano tsa potoloho ka likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng empa palo ea batho e be e fokolang.
Nakong ea ketelo ea Mor’abo rōna Olugbebi, ho ile ha tšoaroa liboka tse tharo le lihlopha tsa baholo esita le barab’abo rōna ba hlokomelang boikarabelo liphuthehong tse se nang baholo. Ho bile teng ba 102. Ho ile ha fanoa ka keletso ea Mangolo mabapi le tlhokahalo ea hore baholo ba khomarele melao-motheo ea Bibele ’me e be mehlala ho mohlape, ba se ke ba rena ka thata holim’a oona. (1 Pet. 5:3) Ho ile ha arabeloa lipotso mabapi le mokhoa o lokelang ho lateloa ha ho buelloa ho khethoa ha baholo liphuthehong tseo ho se nang baholo ba sebeletsang ho tsona.
Silvestre Simão, eo tumelo ea hae e neng e se e ntse e ile ea lekoa nakong ea lilemo tse ka bang ’nè chankaneng le likampong tsa mosebetsi o boima, o ne a le har’a ba neng ba le teng sebokeng sena. Ka mor’a ho sebeletsa e le moholo ka lilemo tse ngata, o ile a fuoa boikarabelo bo boholoanyane ba ho ba molebeli oa potoloho ha barab’abo rōna ba Makhooa ba qobelloa ho tsoa Angola bohareng ba lilemo tsa bo-1970. Joale, kaha ho ne ho e-na le tokisetso ea ho ba le likopano tsa potoloho ka likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng, ho ne ho hlokahala molebeli oa setereke. Le hoja Mor’abo rōna Simão a ne a e-na le bana ba tšeletseng, hammoho le boikarabelo ba lintho tsa nama bo amang ho hlokomela lelapa la hae, o ile a amohela kabelo ena e ncha. O e hlokometse ka mokhoa o behang mohlala ka lilemo tse fetileng tse 20. Hape o sebeletsa Komiting ea Lekala.
Ha a phetha ketelo ea hae, Mor’abo rōna Olugbebi o ile a tlaleha ka khatelo-pele e khothatsang: Le hoja ho sa ntse ho hlokahala hore Lipaki li kopane li be li bolele ka masene, ho ne ho bonahala mahloriso a sehlōhō khahlanong le ba lilemong tsa ho ngolisetsoa sesole a kokobela. Ha e le hantle, le hoja ka nako eo ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba pakeng tsa 150 le 200 ba neng ba ntse ba le chankaneng kapa likampong tsa mosebetsi o boima, palo eo e ile ea theohela ho 30 ka March 1982.
Ho Aba Lijo Tsa Moea—E ne e le Phephetso
Ho pholletsa le nako ea thibelo, ho fana ka lijo tsa kamehla tsa moea e ne e le ntho e tlang pele. Hangata ho ne ho le kotsi haholo.
Tabeng ea pele, ho ne ho le thata haholo ho fumana pampiri e tla sebelisoa ho kopitsa Molula-Qhooa. Ho ne ho hlokahala tumello ea ’muso ho reka pampiri. Le hoja ho ne ho e-na le bahoeletsi ba fetang 3 000, ka nako e itseng ho ne ho ka hlahisoa likopi tse 800 ho ea ho tse 1 000 feela tsa lihlooho tse ithutoang ka lebaka la pampiri e fokolang. Leha ho le joalo, ba sebelisa mechine e menyenyane ea khatiso, barab’abo rōna ba ile ba khona ho hlahisa likopi tsa libuka tse nyenyane tse sekoahelo se bonolo, tse kang ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.
Ka ho ipeha kotsing e khōlō, Fernando Figueiredo le Francisco João Manuel ba ile ba amohela kabelo ea ho hlahisa lingoliloeng. Bara bana babo rōna ba mahlahahlaha ba ile ba fumana libaka tse ncha tseo ba ka atolosetsang mosebetsi oa ho etsa likopi ho tsona. Ka linako tse ling ho ne ho hlokahala hore ho fetoloe libaka tsena ka lebaka la tšireletseho. Libakeng tse ling, mochine o etsang likopi o ne o behoa kamoreng e sa kenyeng lerata e se nang lifensetere kapa moea, e leng ho ileng ha etsa hore maemo ao ho sebetsoang tlas’a ’ona a be boima haholo. Kamoreng e haufi, baithaopi ba bang ba ne ba beha limakasine ka tlhophiso ’me ba li kopanya. Ba ne ba lokela ho qeta ho li hlophisa, ho li kopanya le ho li paka e le hore boitsebiso boo bo ka abuoa hona bosiung boo. Bopaki leha e le bofe ba mosebetsi oa khatiso bo ne bo tlameha ho tlosoa e le hore ho se ke ha e-ba le letho le tla hapa tlhokomelo. Ha mosebetsi o eketseha, ho ne ho sebetsa mechine e ’meli e etsang likopi ka nako e tšoanang ka “kichineng,” e leng sebaka seo lingoliloeng tse nang le lijo tsa moea li neng li lokisetsoa ho sona. Sehlopha sa barab’abo rōna se ne se sebetsa letsatsi ka leng, se ngola listensele, se bala ka morero oa ho ntša liphoso, se etsa likopi, se li hlophisa, se li kopanya ’me se isa limakasine liphuthehong.
Ho isoa ha limakasine liphuthehong tse hasaneng tse ka ntle ho Luanda ho ne ho lokela ho etsoa ke batsamaisi ba melaetsa. Ena e ne e le kabelo e kotsi. E mong ea neng a sebeletsa e le motsamaisi oa melaetsa o re: “Likhoeli tse itseng ka mor’a hore thibelo e phatlalatsoe ka molao, ke ile ka ea profinseng ea Benguela ka mosebetsi oa ka oa boipheliso. Ofisi ea Mokhatlo sebakeng sena e ne e mphile thepa e itseng eo ke neng ke lokela ho e isa liphuthehong tsa Lobito le Benguela. Ke ne ke sa tsebe leha e le ofe oa barab’eso metseng ena. Mokhoa feela oa ho teana le bona oo ke neng ke e-na le oona e ne e le nomoro ea thelefono ea e mong oa baholo ba Benguela. Ka lebaka la tšireletseho, boitsebahatso feela e ne e tla ba lepetjo la Lelapa la Esaia.
“Ha ke qeta ho fihla Benguela, ho ile ha bonahala eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaea hantle haholo. Ha kea ka ka phenya-phenngoa boema-fofane, joalokaha ho ne ho tloaelehile, ka lebaka la boleng ba mosebetsi oa ka. Phasele eo ke e nkileng e ile ea fihla e sa buloa. Hang ha ke le motseng, kapele-pele ke ile ka letsetsa barab’abo rōna hore ba tl’o nka phasele eo. Mor’abo rōna eo ke ileng ka bua le eena o ile a re ha a phele hantle, empa o ile a tšepisa ho romela motho e mong hoteleng hore a tl’o nka phasele eo. Ka mabaka a sa tsejoeng, ka matsatsi a mane ao ke a qetileng hoteleng, ha ho motho ea kileng a tla nka phasele eo, ho sa tsotellehe hore ke ne ke letsetsa mora eo oabo rōna letsatsi le leng le le leng.
“Ka letsatsi leo ke tsamaeang ka lona, ke ne ke se na boikhethelo haese ho khutlela Luanda le phasele eo. Ha ke fihla boema-fofane, mookameli oa moifo oa rōna o ile a tsitlella hore litho tsohle tsa moifo oa hae le lithōto tsa tsona li phenya-phenngoe e le ho behela baeti ba bang mohlala. Ke ne ke e-na le khetho linthong tse peli feela: (1) ho lahlela phasele eo ka moqomong oa lithōle kapa (2) ho e boloka ’me ke tšoaroe.
“Ha ke qeta ho rapela Jehova, ke ile ka hopola Liproverbia 29:25: ‘Ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba, empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.’ Ke ile ka etsa qeto ea ho tobana le boemo bona, kaha e ne e tla ba tšenyo e khōlō ho lahla lijo tse ngata hakaalo tsa moea.
“Ke ile ka ema qetellong ea mola e le hore ke se ke ka ikenyetsa mahlo ha mapolesa a fumana libuka le limakasine. Ha ho setse batho ba babeli hore ba phenya-phenngoe, ke ile ka utloa e mong a re, ‘Ho na le monna mona ea batlang ho kopana le setho sa moifo oa Luanda mabapi le phasele.’ Ha ke utloa sena, ke ile ka re, ‘Jehova o utloile thapelo ea ka. Ke bona phethahatso ea Esaia 59:1: “Letsoho la Jehova ha lea khutsufala hoo le ke keng la pholosa,”’ eaba ke tsoela ka ntle ka potlako. Ha ke fihla ho mor’abo rōna, ke ne ke e-na le nako ea ho re feela Lelapa la Esaia. O ile a araba eaba o amohela phasele eo. Ke ile ka tlameha ho khutla ka potlako hobane sefofane se ne se tloha, kahoo ha kea ka ka ba le nako ea ho bua le mor’abo rōna. E, Jehova ke ‘poloko ea rōna nakong ea mahlomola.’”—Esa. 33:2.
Ho Hlokomela Mohlape ho sa Tsotellehe Kotsi
Ntoa—mokalli oa pere e ’mala oa mollo ea Tšenolo—e ile ea tsoela pele ho senya bophelo ba batho ba Angola. (Tšen. 6:4) Litoropo le lifektheri li ile tsa hlaseloa ka libomo, litsela tsa jaloa liqhomane tsa fatše, marokho a qhomisoa ka liqhomane, mehloli ea metsi ea senngoa ’me metse ea hlaseloa. Ho bolaea baahi ka sehlōhō e ile ea e-ba ketsahalo ea letsatsi le letsatsi. Ho ile ha senngoa lijalo ’me lihoai tsa balehela metseng e meholo. Baphaphathehi ba ntoa ba ile ba tlala Luanda. Ho fanoa ha lijo ka tekanyo le khoebo e seng molaong li ile tsa etsa hore ho phela letsatsi ka leng e be phephetso e khōlō. Empa tšebelisano-’moho e lerato har’a Lipaki tsa Jehova e ile ea thusa ba bangata hore ba pholohe maemong ao ho neng ho se na tšepo ho ’ona.
Nakong ena e mahlonoko, Rui Gonçalves, Hélder Silva, le ba bang ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ho etela liphutheho tse hasaneng ho pholletsa le naha. Ha a hlalosa kamoo liketelo tse joalo li neng li lokela ho hlophisoa kateng, Mor’abo rōna Gonçalves o ile a ngola: “Ka May 1982 ho ile ha e-ba le ketelo ea pele ea molebeli oa potoloho Tombua. Barab’abo rōna ba 35 ba ile ba qala ho fihla sebakeng seo seboka se tlang ho ba ho sona ka linako tse reriloeng hantle ho tloha ka 10:00 hoseng letsatsing leo. Ba ile ba leta ka khutso. ODP [Mokhatlo oa Tšireletso ea Sechaba] e ne e laola motsamao oohle toropong. Ke ile ka fihla bosiu, lihora tse 11 hamorao, ka 9:00 bosiu. Seboka se ile sa qala metsotso e 30 hamorao ’me sa tsoela pele ho fihlela ka 4:40 hoseng.”
Ba bangata ba neng ba kopanela mosebetsing oa potoloho ba ne ba nyetse ’me ba e-na le bana. Empa ba ne ba etsa sohle se matleng a bona ho hlokomela lithahasello tsa moea tsa liphutheho. E mong oa barab’abo rōna eo hona joale e seng e le setho sa Komiti ea Lekala, o ile a hlalosa se neng se ameha ketelong e tloaelehileng ea potoloho: “Phutheho ka ’ngoe e ne e reretsoe hore e eteloe beke e le ’ngoe. Leha ho le joalo, liketelo li ne li qala ka Mantaha ho e-na le ka Labobeli. Lebaka ke hore ho ne ho le thata hore phutheho eohle e kopane hammoho. Ho ne ho eteloa sehlopha ka seng sa Thuto ea Buka ea Phutheho. Liphuthehong tse khōlō lihlopha tse ’maloa li ne li eteloa mantsiboeeng a le mang. Lihora tsa liboka li ne li feto-fetoha e le hore molebeli oa potoloho a ka tloha sehlopheng se seng a ea ho se seng. O ne a pheta lenaneo molemong oa sehlopha ka seng. Ka lebaka leo, har’a beke, o ne a fana ka puo ka ’ngoe lipuong tsa hae ka makhetlo a 7 ho isa ho a 21. Mosebetsi oa beke o ne o le mongata o bile o hloka tlhokomelo e ngata, empa barab’abo rōna ba ile ba mamella ho khothatseng liphutheho.”
Rui Gonçalves o sa hopola ka ho hlakileng leeto le boima la ho ea toropong ea Cubal ka January 1983. Le ile la batla le mo bolaea. O re: “Tsela feela ea ho etela phutheho ena e ne e le ho tsamaea hammoho le mokoloko oa masole bakeng sa tšireletso. Ka mor’a ho hlahloba boemo ka hloko, masole a ile a laela hore likoloi tse 35 li kene leetong. Re ne re tsamaea ka koloi ea Mor’abo rōna Godinho, ’me koloi ea rōna e ne e le ea boraro mokolokong oa likoloi tse tšeletseng. Lihora tse peli feela re le leetong, likhukhuni li ile tsa tsoibila misaele, ’me oa senya teraka e ka pele ea masole. O ile oa lateloa ke misaele o mong ka potlako, o ileng oa senya koloi ea bobeli. Koloi ea rōna e ile ea otloa ke libomo tse peli empa ha lia ka tsa phatloha. Mor’abo rōna Godinho o ile a hoeletsa a re e mong le e mong a theohe koloi e ntse e tsamaea. Ha ke potlakela ho itšireletsa hlatheng, kulo e ile ea feta ka karolo e khōlō ea tsebe ea ka e tšehali, eaba kea akheha.”
Pele a akheha, o ile a bona masole a mararo a likhukhuni a lelekisa bara ba bang babo rōna, empa barab’abo rōna ba ile ba balehela sekhoeng. Mor’abo rōna Gonçalves o tsoela pele: “Ha ke phaphama, hlooho ea ka e ne e tletse mali. Lihora tse ’maloa hamorao, ke ile ka khutlela tseleng ke khasa. Sehlopha sa masole se ile sa mphumana, sa sebelisa thuso ea pele, eaba se nkisa sepetlele Benguela.” Hamorao o ile a utloa hore likoloi tsohle tse neng li entse mokoloko li ile tsa chesoa kapa tsa senngoa ka tsela e itseng. Batho ba 12 ba neng ba le likoloing tseo ba ile ba shoa, ’me ba bang ba 11 ba ile ba ntšoa likotsi tse mpe ke likulo. Barab’abo rōna ba tsamaeang le Mor’abo rōna Gonçalves ke bona feela ba neng ba sa thunngoa. ’Me le hoja Mor’abo rōna Gonçalves a ne a lahlehetsoe ke karolo e khōlō ea tsebe ea hae le thepa ea hae e itseng, o phetha ka ho re: “Re ile ra leboha Jehova ho tloha botebong ba lipelo.”
Ho Arolelana Metsi a Fanang ka Bophelo
Nakong ena eo batho ba bangata ba Angola ba neng ba nahana feela ka ho pholoha, Lipaki tsa Jehova li ne li labalabela ho aba “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo” ho pholletsa le tšimo ena e khōlō. (Esa. 52:7) Li ne li phetha mosebetsi oo joang?
Pula-maliboho e mong oa Luanda o hlalosa hore eena, mosali oa hae le morali oa hae e monyenyane ba ne ba e-ea tšebeletsong hammoho. Ha ba qeta ho lumelisa mong’a ntlo, ba ne ba kōpela ngoananyana oa bona metsi. Haeba ba fuoa metsi, ba ne ba bolella mong’a ntlo hore ba tseba metsi a neng a tla tlisa melemo e fetang ea metsi a pholileng a fuoeng morali oa bona. Batho ba bohelehele ba ne ba botsa, ‘Ke metsi a joang ao?’ Joale lelapa lena le ne le hlalosa litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo le tšepo ea bophelo bo sa feleng.—Joh. 4:7-15.
Ba ne ba sa nke mekotla, Libibele kapa lingoliloeng tšebeletsong ea bona. Empa haeba mong’a ntlo a e-na le Bibele ’me a batla ho bala ka lintho tsena, ba ne ba sebelisa Bibele ea mong’a ntlo ho ntšetsa puisano pele. Ba ne ba khutlela kae kapa kae moo ho neng ho bontšoa thahasello. Ka ho sebelisa likatamelo tse bohlale joaloka tsena, Lipaki li ne li khona ho fumana batho ba thahasellang, ’me liphutheho li ne li hlohonolofatsoa ka keketseho e tsoelang pele.
Monna oa Molimo
Le libaka tse hōle li ne li finyelloa ka litaba tse molemo. Li ile tsa kenella sebakeng sa Gambos, haufi le moeli oa Namibia, ka boiteko ba Tchande Cuituna. O ile a utloa molaetsa oa ’Muso ka lekhetlo la pele ho seo ka nako eo e neng e le Rhodesia. Ka mor’a ho sebetsa ka nakoana merafong ea Afrika Boroa, o ile a khutlela hae ’me a lebisa tlhokomelo ho rueng likhomo. O ne a etela Afrika Boroa kamehla ho ea fumana lingoliloeng tsa Watch Tower, ’me leetong le leng le joalo, ka 1961, o ile a kolobetsoa. Ka mor’a moo, o ile a hasa litaba tse molemo ka cheseho har’a batho ba habo.
O ne a tlatsa kariki ea hae metsi, lijo le lingoliloeng tsa Bibele ebe o bolela ho tloha ho quimbo e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe (ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong) ka likhoeli tse peli ho ea ho tse tharo lekhetlo ka leng. Ha kariki ea hae e robeha, o ne a tsoela pele leetong la hae a palame khomo ea hae ea poho. Esita leha a le lilemo li 70, o ne a tsamaea ka maoto le bahoeletsi ba bang libaka tse bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 200.
Tchande Cuituna o ile a ba le mohlape o moholo oa likhomo o neng o solla lithoteng. Sechabeng sena seo ho sona ho nang le monna eo e leng hlooho ea leloko, o ne a talingoa e le eena hlooho. Mesebetsi ea letsatsi e ne e qala ka ho letsoa ha tšepe e le hore e mong le e mong a ka phutheha ho tla mo mamela ha a hlahloba temana ea Bibele ka puo ea sebaka seo. Ka matsatsi a liboka, molumo o tloaelehileng oa tšepe o ne o bolella batho ba ka bang 100 hore ba bokane bakeng sa thupelo ea moea.
Ho pholletsa le sebaka sohle sa Gambos, Tchande Cuituna o ile a tsejoa e le monna oa Molimo. Ka ho sebelisa seo a neng a ithutile sona thutong ea hae ea botho ea Bibele hammoho le ho lingoliloeng tse ling tsa bohlokoa tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” Mor’abo rōna Cuituna o ile a fana ka mohlala o motle hore ba bang ba o latele. E le hore e tle e baloe ke batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang, o ile a fetolela bukana ea “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso” ka lipuo tsa Senyaneka le Sekwanyama.
Ofisi e Luanda e ile ea tseba ka mosebetsi oa Mor’abo rōna Cuituna ho tsoa litlalehong tsa tšebeletso ea tšimo tseo a neng a li romella nako le nako ka barab’abo rōna ba Windhoek, Namibia. Ka boiteko ba ho atametsa Mor’abo rōna Cuituna haufi le Lipaki tse ling, ka 1979 ofisi e Luanda e ile ea romela Hélder Silva, molebeli oa potoloho, ho eena. O sa ntse a hopola leeto leo hantle.
Mor’abo rōna Silva oa ngola: “Re ile ra tsamaea ka koloi lik’hilomithara tse 160 ho ea Chiange. Ho tloha moo re ile ra tsamaea lik’hilomithara tse setseng tse 70 ka maoto. Lipula tsa sefefo tse ileng tsa na ka lihora tse ka bang tšelela li ile tsa etsa hore ho be thata ho tsoela pele. Ka linako tse ling metsi a ne a re khutla mangoleng, empa re ne re ke ke ra emisa, kaha sebaka seo se ne se e-na le liphoofolo tse ngata tse hlaha tse bohale. Ka lebaka la seretse, re ile ra fumana ho le bonolo haholoanyane ho tsamaea re rōtse lieta, re jere thōtō ea rōna mahetleng ka thupa. Qetellong, re ile ra fihla sebakeng sa Liokafela e leng moo re neng re e-ea teng, quimbo ea (motse oa) Cuituna. Re ne re lapile re bile re khathetse, kahoo bo-’mè ba ile ba re fa mafi, seno sa sebakeng sena se entsoeng ka koro se bitsoang bulunga (kissangua), cocoa le motoho oa koro o bitsoang ihita (pirão de massango). Ka mor’a ho phomola pel’a mollo o futhumetseng, re ne re loketse ho phetha mesebetsi eo re e lebeletseng.” Ketelo ena e ile ea tšoaea mohato o eang pele boboleling bo hlophisitsoeng ba litaba tse molemo sebakeng sa Gambos.
Ha ho motho ea neng a le teng ea tla lebala kolobetso ea bara le barali babo rōna ba bacha ba 18 ka August 1986, Nōkeng ea Caculuvar. Kolobetso ena ke ea pele e ileng ea etsoa sebakeng sa Gambos nakong ea lilemo tse 40 ho tloha ha molaetsa oa ’Muso o fanoa sebakeng sena. Bo-pula-maliboho ba neng ba tlil’o nka karolo mosebetsing sebakeng sena ba ne ba bososela ke thabo. Mantsoe a sitoa ho hlalosa thabo ea Mor’abo rōna Cuituna ha a bona kolobetso. O ile a tlōla ke thabo, ’me a re: “Ke ikutloa joaloka Morena Davida ha a ne a felehetsa areka ea Jehova.” (2 Sam. 6:11-15) Mor’abo rōna Cuituna o tsoela pele a sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla.
Mosebetsi Karolong e ka Boroa ea Angola
Ka 1975, Tymoly ea lilemo li 18, mosali e molelele ea tsoang sebakeng sa Huíla se karolong e ka boroa ea Angola, o ile a tsebisoa ’nete ka boiteko ba pula-maliboho ea bitsoang José Tiakatandela. Tymoly o ne a ananela molaetsa oa Bibele, empa batsoali ba hae ba ile ba mo hanyetsa ka matla. Ka linako tse ling o ne a tingoa lijo ka matsatsi a mangata, a shapuoa, ’me qetellong a tlepetsoa ka majoe. Kaha bophelo ba hae bo ne bo le kotsing, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 60 ho ea Lubango. Ha a le moo o ile a khona ho ba teng libokeng tsa phutheho. Ka thuso ea sehlopha sa phutheho sa ho bala le ho ngola, o ile a tsoela pele hoo a ileng a khona ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. O ile a kolobetsoa ka 1981. Tymoly o ile a boela a ithuta ho rōka e le hore a khone ho iphelisa, ’me o ithōkela liaparo tse hlomphehang. Banna ba bararo le basali ba bane morabeng oa habo ba ileng ba utloa molaetsa oa ’Muso ka 1978 ba ile ba kolobetsoa ka 1980.
Joale ka 1983, José Maria Muvindi, oa Lubango, o ile a ngolisa e le pula-maliboho ea thusang ka likhoeli tse tharo. O ile a ea boroa, a bolela libakeng tsa mahaeng haufi le toropo ea Jau le ea Gambos. O ile a theohela Profinseng ea Namibe, a hasa litaba tse molemo har’a batho ba Mukubais, morabe o moholo. Ha a bona tlhokahalo e khōlō libakeng tsena, o ile a ngolisa e le pula-maliboho oa kamehla. Bo-pula-maliboho ba bang ba ile ba latela.
Ha Mor’abo rōna Muvindi a bolela sebakeng sena, linnete tsa Bibele li ile tsa ama lipelo tsa batho ba bangata. Ba ile ba qala ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba bona. E le hore ba sebeletse Jehova ka ho amohelehang, ba ile ba lokela ho lahla mekhoa eo e seng ea Mangolo, e kang sethepu, boitšoaro bo bobe, botahoa le tumela-khoela. Ha baa ka ba hlola ba apara tchinkuani, kapa lesela la letheka la sehahabo bona le le joalo feela ho se letho le leng. Banyalani ba bangata ba ile ba qala ho ea Lubango ho ea ngolisa manyalo ka molao. Ho ba bang, sena se ne se bolela ho tloha motseng ka lekhetlo la pele bophelong ba bona! Ofisi ea ngoliso ea sechaba Chiange e neng e koetsoe ka lilemo tse leshome e ile ea boela ea buloa ho amohela tšubuhlellano ea tšohanyetso ea batho ba tsoang sebakeng sa Gambos ba neng ba batla mangolo a bopaki a tsoalo le likarete tsa boitsebahatso e le hore ba ka ngolisa manyalo a bona.
Ka masoabi, Mor’abo rōna Muvindi o ile a bolaoa ke lefu la sebete ka 1986, empa cheseho ea hae tšebeletsong e ile ea beha litholoana tse ntle. Ka boiteko ba hae le boiteko ba ba bang ba neng ba sebetsa libakeng tsena, ba bangata ba ile ba fumana bopaki. Kajeno, sebakeng sena ho na le liphutheho tse robong haesita le lihlopha tse leshome tse e-song ho hlophisoe hore e be liphutheho, tseo kaofela ha tsona li khothalletsang borapeli ba ’nete sebakeng sena.
Ho Behoa Leihlo ho Ipha Matla
Ha ho thehoa Mabotho a Sechaba Khahlanong le Botlokotsebe (BPV [Popular Brigades of Vigilantes]) ka 1984, barab’abo rōna ba ile ba boela ba e-ba tlas’a khatello. Mosebetsi oa BPV e ne e le ho tiisa hore ba sa ikopanyeng le mohato oa ho batla liphetoho ba behoa leihlo. BPV e ile ea phetha mosebetsi oa eona joang? Domingos Mateus, eo ka nako eo a neng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho, o sa hopola hantle, o re: “Sekhutlong se seng le se seng sa Luanda, u ne u tla bona setho sa Mabotho a Sechaba Khahlanong le Botlokotsebe, se tsebahalang ka letšoao le leputsoa le tlamelletsoeng sephakeng le nang le litlhaku tsa BPV. Se ne se filoe tumello ea ho phenya-phenya motho leha e le ofe ea fetang ka tsela. Ho ile ha e-ba thata ka ho eketsehileng hore barab’abo rōna ba tle ka lingoliloeng libokeng. Ka December 1985 lihlopha tsa mabotho tse 800 ka kakaretso li ile tsa sebetsa Luanda, tsa etsa hore ho be thata ho tšoara liboka tsa phutheho.
“Moo e neng e le Largo Serpa Pinto, sehlopha sa litho tse ka bang 40 tsa mabotho se ne se behile sebaka sohle leihlo. Se ne se tsamaea le litho tsa Mabotho a Hlometseng a Sechaba Bakeng sa Tokoloho ea Angola, sehlopha se hlometseng ka lithunya tsa merathatha. Ho ne ho tloaelehile ho ba utloa ba thunya ha ba lelekisa motho e mong kapa ba batla ho emisa motho ho mo hloma lipotso.
“Phutheho e ’ngoe e ile ea rera ho tšoara seboka se seholo lapeng la mor’abo rōna. Nakoana pele lenaneo le qala, re ile ra hlokomela hore setho sa BPV se ne se shebile barab’abo rōna ha ba ntse ba kena ’me se ne se ngola mabitso a bona bukeng. Ho sa tsotellehe kotsi e teng, mor’abo rōna ea lulang moo ha aa ka a tšoha. O ile a loha leqheka. O ile a tla ka lenyele eaba o ema ka mor’a monna eo, ’me eare ha a le haufi haholo, a qala ho hoeletsa, ‘Baahelani, bonang! lesholu, tšoarang lesholu!’
“Kaha se ne se tsomelitsoe, setho sa lebotho se ile sa baleha, sa lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo se neng se e tšoere. Ha baahelani ba theoha foleteng ’me ba bang ba nyarela ka lifensetere ho bona se etsahalang, mor’abo rōna o ile a kena lapeng la hae eaba o re ho moholo: ‘Mor’abo rōna, joale u ka qala seboka, tsohle li lokile.’ Liboka tsohle tse neng li reretsoe ho tšoareloa lapeng leo bekeng eo ea ketelo ha lia ka tsa hlola li e-ba le mathata kapa li sitisoa.”
“Mohatl’a Nku o Phetletsoe Masholu”
Puisano ea Lipaki tsa Jehova le barab’abo tsona ba Bakreste ka ntle ho naha e ile ea e-ba thata ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, António Alberto o ne a sebetsa femeng ea oli eo beng ba eona ba tsoang linaheng lisele. O ne a thusa ka ho tsamaisa mangolo a bohlokoa pakeng tsa barab’abo rōna ba Angola le lekala la Portugal.
Empa ka letsatsi le leng ka 1987, mapolesa a boema-fofaneng a ile a tšoara mokotlana o neng o tšetse mangolo a buang ka liketelo tsa potoloho le litaba tse ling tsa lekunutu. Mor’abo rōna Alberto o ile a khathatseha haholo. Motšehare o moholo o ile a ea lapeng ho ea bona lelapa la hae, kaha o ne a kholisehile hore o tla tšoaroa haufinyane. O ile a letsetsa mor’abo rōna ea neng a hlokomela litaba tsena eaba o re feela: “Ntate-moholo, mohatl’a nku o phetletsoe masholu.”
Ka mor’a moo, ka sebete Mor’abo rōna Alberto o ile a ea lapeng la monna ea ikarabellang bakeng sa sepolesa se boema-fofaneng. Mor’abo rōna o ile a hlalosa hore o kile a koalloa chankaneng nakong ea puso ea bokolone le bahlankana ba bang ba Mapotoketsi, ’me ba ne ba buisana ka mangolo, ’me o amohuoe mokotlana o tšetseng mangolo ao boema-fofaneng. Mookameli oa tšireletso o ile a mo fa karete eo a lokelang ho e fa monna ea mo amohileng mokotlana, e bolelang hore o isoe ofising ea hae. Ha mor’abo rōna a fa monna eo ea boema-fofaneng molaetsa ona, ofisiri e ile ea tsieleha haholo. Hobane’ng? Hobane e ne e sitoa ho isa mangolo ao ho mookameli oa tšireletseho—a ne a chesitsoe! Mor’abo rōna Alberto o ile a ikutloa a imolohile haholo kaha ho sa ka ha e-ba le kotsi e hlahang.
Ho Ikemisetsa ho Tsamaea Litseleng Tsa Jehova
Ntoa e ntseng e tsoela pele e ile ea boela ea tsosolosa khatello ho Lipaki tsa Jehova ka morero oa ho felisa ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste. Ka February 1984, bahlankana ba 13 ba ile ba tšoareloa ho hana ho nka lihlomo. Har’a bona, ke ba bararo feela bao e neng e le Lipaki tse kolobelitsoeng; ba bang e ne e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang le liithuti tsa Bibele. Ho sa tsotellehe litšokelo le ho hlekefetsoa ’meleng, ha baa ka ba thekesela qetong ea bona ea ho tsamaea litseleng tsa Jehova. (Esa. 2:3, 4) Ka masoabi, ha ba isoa Luanda ka sefofane, se ile sa soahlamana ha se tloha, ’me bapalami bohle ba shoa.
Ka April 1985 sehlopha sa batho ba robong—ho kopanyelletsa le Lipaki tse kolobelitsoeng, bahoeletsi ba sa kolobetsoang, le batho ba thahasellang—se ile sa hana ho lahla ho se nke lehlakore ha sona. (Joh. 17:16) Ba ile ba tsamaisoa ka terene, ba ntan’o tsamaisoa ka seroala-nkhoana, ba isoa moo ntoa e leng mahlo-mafubelu. Ha masole a leka ho ba qobella ho kopanela ntoeng ’me Manual Morais de Lima a hana, o ile a bolaoa ka ho thunngoa. Mor’abo rōna e mong o ile a otloa ke seqhomane se ileng sa mo ntša leqeba le lebe moomong, kahoo a tlosoa moleng oa ntoa a isoa sepetlele. Barab’abo rōna ba babeli ba ile ba bolelloa ho re, “Liroala-nkhoana tse le tlisitseng mona hase tsa Jehova,” kahoo tsela feela ea ho tsoa e ne e le ho tsamaea ka maoto—lik’hilomithara tse 200 sebakeng seo ho sona ho neng ho e-na le likhukhuni le liphoofolo tse hlaha. Ha ba fihla Luanda, ba ile ba kenngoa chankaneng hape! Leha ho le joalo, ba ne ba ntse ba kholisehile hore ho laoloa ke ho rata Jehova Molimo le ho rata motho e mong ke eona tsela e nepahetseng ea ho phela.—Luka 10:25-28.
Ketsahalong e ’ngoe, Lipaki tse ’nè li ile tsa isoa kampong e thōko ea sesole karolong e ka boroa ea Angola. Masole a ne a kholisehile hore ho tota ha ntoa ho ne ho tla qobella Lipaki ho nka lihlomo hore li itšireletse. Ho e-na le hoo, joalokaha Miguel Quiambata a sa ntse a hopola, liofisiri tse ling, li khahliloe ke ho tiea ha banna bana ’me li hlokomela hore ha ba kotsi, li ile tsa ba lumella ho itsamaela ka bolokolohi sebakeng seo. Ba ile ba sebelisa tokoloho eo ho ruta ba bang ka tokisetso ea Jehova ea bophelo bo sa feleng ka Mora oa hae, Jesu Kreste. Ka 1987 ha ba keteka Sehopotso sa lefu la Kreste, ho ne ho le teng ba 47, ’me kapele palo ea ba bileng teng e ile ea nyolohela ho 58.
Lipaki tsa Jehova tse ka bang 300 li ne li ntse li le chankaneng ka 1990 ka lebaka la ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste. Tse ling li ne li ahloletsoe lintho tse ngata, ’me kahlolo ka ’ngoe e feta lilemo tse hlano. Tse ling li ne li tšoeroe ka lilemo tse ’nè li sa kenyetsoa nyeoe. Esita le ka mor’a ho tšoareloa ke ’muso, ba bang ba boholong chankaneng ha baa ka ba tsebisa barab’abo rōna ka tšoarelo e joalo ea ’muso ’me ba ile ba ba boloka chankaneng. Ba bang ba ile ba lieha ho ba lokolla hobane Lipaki li ne li nkoa e le basebetsi ba molemohali ’me li ka tšepeloa ho etsa mesebetsi ka ntle ho lichankana li sa leke ho baleha. Hape tšoarelo e joalo ea ’muso ha ea ka ea thibela ho tšoaroa le ho bolaoa ha Lipaki tse ling tse peli ka 1994.
Hamorao, ha morali’abo rōna oa pula-maliboho a ntse a aba Kingdom News No. 35, o ile a kopana le monna eo e kileng ea e-ba lesole ea ileng a bolela hore o ne a le teng ha ho bolaoa Lipaki tse tharo tse ileng tsa hana ho nka lihlomo. Ha a botsoa hore na ebe lefatše e ne e ka ba sebaka se molemo haeba bohle e ne e le Lipaki tsa Jehova, o ile a lumela hore haeba li khona ho tobana le lefu ka lebaka la ho hana ho bolaea batho ba bang, ka sebele lefatše le ne le ka ba khotsong haeba bohle e ne e le Lipaki tsa Jehova. O ile a amohela bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, a lumela hore a tšoareloe thuto ea lehae ea Bibele ’me a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho.
Metsi a ’Nete a Tsoela Pele ho Phalla
Jehova o ile a fa moprofeta Ezekiele pono ea metsi a bophelo a phallang ho tsoa tempeleng ea Molimo e khōlō ea moea. A ne a phalla ka tlas’a litšitiso ’me a li pota ka thōko, a phalla naheng e matsaranka, ’me a fana ka bophelo moo pele e neng e le tikoloho e bolaeang. (Ezek. 47:1-9) Kajeno, ho sa tsotellehe litšitiso, metsi a fanang ka bophelo a ’nete a ’nile a phalla linaheng tse fetang 230, ho kopanyelletsa le Angola.
Ka linako tse ling ho ne ho bonahala litšitiso li tšosa, empa metsi a bophelo a tsoang ho Molimo a fumane tsela ea ho li pota ka thōko. Ho pholletsa le lilemo tsa bo-1980, thibelo e ne e le matla hoo melaetsa ea batsamaisi ba melaetsa e tsoang ka ntle ho naha e neng e fihla ka seoelo ofising ea Luanda. Leha ho le joalo, lingoliloeng tsa Bibele tse nang le linnete tse khathollang li ile tsa tšela moeli o pakeng tsa Angola le Namibia, moo ho neng ho batla ho le bonolo ho tšela le teng. Ka tsela ena lingoliloeng li ile tsa fumaneha ka Sepotoketsi le ka lipuo tsa sebaka sena. Tokisetso ena e ile ea sebetsa sebakeng sena ka lilemo tse ’maloa.
Thuso e ne e hlaha mehloling e mengata. Batho ba bangata ba litsebi ba ne ba thusa barab’abo rōna ho fumana Libibele. Esita le masole a neng a e-na le beng ka ’ona ba Lipaki, a ne a ipeha kotsing e khōlō ho thusa barab’abo rōna ba Angola. Thepa e ngata ea ofisi, ho kopanyelletsa le mochine oa bohlokoa o etsang likopi, e ile ea romeloa ka mabitso a batho ba phahameng. Hamorao monna e mong ea joalo o ile a khetha ho ikopanya le batho ba Jehova ho sebeletsa tlas’a tataiso ea “Khosana ea Khotso” ea Molimo.—Esa. 9:6.
Ka 1984, Thierry Duthoit le mosali oa hae, Manuela, ba ile ba fallela Angola ba tloha Zaire (eo hona joale e leng Democratic Republic of Congo). Ba ile ba ratoa haholo ke barab’abo rōna sebakeng sena. Mor’abo rōna Duthoit o ne a le molelele ’me hangata ho ne ho nahanoa hore ke Lerussia. ’Musong oa nako eo, Marussia a mangata Angola a ne a itsamaela ka bolokolohi bo feletseng.
Ho nahana hore o seo a seng sona ho ile ha sebelisoa hamolemo bakeng sa hore lingoliloeng tse bolelang kamoo Jehova Molimo ka ’Muso oa Bomesia a tlang ho tlisetsa moloko oa batho khotso ea ’nete ’me a etse hore e namele lipheletsong tsa lefatše li tlisoe naheng ena e harasantsoeng ke ntoa. (Pes. 72:7, 8) Mor’abo rōna Duthoit o ile a sebelisana le batsamaisi ba bangata ba lifofane ba ileng ba lumela ho kenya mabokose a lingoliloeng tsa Bibele ka har’a naha. Joale Mor’abo rōna Duthoit o ne a a lata boema-fofane ebe o a isa ho barab’abo rōna. Hape o ne a fumanela barab’abo rōna ba kulang meriana e hlokoang haholo.
Ka Mor’abo rōna Duthoit, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba tsebisoa Monghali Ilídio Silva, rakhoebo, ea ileng a etsa monehelo oa mechine e ’meli e etsang likopi. Ho ne ho le boima haholo hore barab’abo rōna ba e fumane, kaha ’muso o ne o e-na le lethathamo la mechine eohle ea ofisi naheng eo. Le Monghali Silva o ile a hlohonolofatsoa, kaha qetellong o ile a fetoha mohlanka ea kolobelitsoeng oa Jehova.
Kaha ho ne ho e-na le mochine oa elektronike o kopitsang, ho ile ha e-ba bonolo ho hlahisa khatiso e maqephe a 20 ea Molula-Qhooa. E ne e akarelletsa lihlooho tse ling tseo barab’abo rōna ba Angola ba ileng ba haelloa ke tsona nakong e fetileng. Ka nako e khutšoanyane, ka karolelano ho ile ha abuoa likopi tse 10 000 tsa tokollo ka ’ngoe. Ho ile ha boela ha etsoa likopi tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo, ’me sena se ile sa ananeloa haholo. Boitsebiso bo khethiloeng ho “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo” le bona bo ile ba romeloa ho tsoa Portugal e le hore ho ka etsoa likopi tsa bona. Hamorao ho ile ha e-ba bonolo ho fumana boitsebiso boo bo le bukaneng. Sena se ile sa entša lenaneo la Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Litokisetso tsena tsohle tsa moea li ne li khatholla hakaakang!
Bopaki ba tlhohonolofatso ea Molimo bo ile ba kopanyelletsa keketseho palong ea batho ba rorisang Jehova naheng ena. Ho elella qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 1987, palo ea ba tlalehang mosebetsi e le Lipaki tsa hae e ile ea fihla ho 8 388, e leng keketseho ea karolo e ka holimo ho 150 lekholong ho tloha ha ho e-ba le thibelo ka 1978. Le palo ea liphutheho e ne e eketsehile, ho tloha ho tse 33 ho isa ho tse 89. Le hoja ho ne ho sebelisoa kelo-hloko e khōlō pele ba sa tsoa thahasella ba memeloa libokeng, palo ea ba bang teng e ne e ka ba karolo ea 150 lekholong ha e bapisoa le palo ea bahoeletsi. Bahoeletsi ba ne ba etsa kakaretso ea lihora tse ka bang 18 tšebeletsong ea tšimo khoeli ka ’ngoe, ’me tlhōrō ea lithuto tsa mahae tsa Bibele e bile 23 665! Ke ’nete hore ho ne ho e-na le mathata a moruo, hape ho ne ho e-na le khaello ea lijo. Empa kholiseho eo barab’abo rōna ba nang le eona litšepisong tsa Jehova e ile ea ba nolofalletsa ho ba sebete. Ba ne ba ikemiselitse ho tsoela pele ba “bolela lentsoe la Molimo ka sebete.”—Lik. 4:31.
Koetliso e Khethehileng ea Balebeli ba Potoloho
Balebeli ba potoloho, bao kamehla ba neng ba itella liphutheho, le bona ba ne ba hloka khothatso. Ba ile ba thaba hakaakang ha ba utloa ka litokisetso tse etsoang hore ba be teng thupelong e khethehileng ea balebeli ba tsamaeang Lisbon, Portugal, ka November 1988!
Ak’u nahane thabo eo ba bileng le eona ha ba kopana le lelapa la Bethele la Portugal letsatsi le letsatsi! Luis Cardoso, ea bileng teng thupelong eo, o akaretsa kamoo ba ileng ba ikutloa kateng: “Ena e bile nako e thabisang ka ho khetheha ho ’na. Re ile ra amoheloa ka mofuthu haholo ke lelapa la Bethele la Portugal. Barab’abo rōna ba ile ba etsa sohle se matleng a bona molemong oa rōna. Ho rōna ao e bile matsatsi a 34 a ho tšoareha mosebetsing o thabisang le a ho ithuta.”
Pele ba ile ba qeta libeke tse peli ba sebetsa le balebeli ba tsamaeang lipotolohong tsa Portugal e le hore ba ithute ka ho shebella. Ka libeke tse peli tse latelang, ba ile ba e-ba teng thupelong. E ne e sebetsana ka ho khetheha le mosebetsi oa bona oa puso ea Molimo ’me e ile ea etsa hore ba lokele Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso seo e neng e tla ba barupeli ho sona. Bekeng e latelang, ba ile ba e-ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso se neng se tšoaretsoe baholo le bahlanka ba sebeletsang ba Portugal. Sena se ile sa fa barab’abo rōna ba Angola monyetla oa ho bona kamoo balebeli ba tsamaeang ba Portugal ba rutang baholo ba sebaka seo lintho tseo ba ithutileng tsona thupelong.
Mor’abo rōna Cardoso o re: “Thupelo ena e ile ea nthuta se boleloang ke ho ba seithuti se setle. Ke ile ka ithuta mokhoa oa ho ithuta le ho etsa phuputso ka tsela eo ke neng ke e-s’o ka ke e sebelisa pele. Ka mohlala oa bona, barab’abo rōna ba ile ba re ruta kamoo re ka nahanelang basali ba rōna e le hore re ka sebetsa hammoho re le bonngoeng. Nako ena e sa lebaleheng e ile ea fihlisoa sehlohlolong ke ha barab’abo rōna ba re bontša ‘Photo Drama of Creation.’ Ke ne ke utloetse haholo ka eona, ’me joale ho e bona ka mahlo ho ne ho thabisa.”
E le ho latella nako eo ea thupelo, ka October 1990, Mário Nobre, molebeli oa potoloho oa Portugal, o ile a abeloa ho sebetsa le balebeli ba potoloho ba Angola ha ba sebeletsa liphutheho naheng ea habo bona. O ile a qeta likhoeli tse peli a koetlisa barab’abo rōna, ’me katamelo ea hae e mosa, e bontšang ho se fele pelo e ile ea ananeloa haholo.
Ka thabo e khōlō, Mor’abo rōna Nobre o pheta phihlelo ena eo a bileng le eona matsatsi a ’maloa a fihlile Angola: “Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore ke fane ka puo ea phatlalatsa phuthehong ea bahoeletsi ba 198. Ke ile ka makala ho bona ho le teng ba 487. Ke ile ka makatsoa ke ha molebeli ea okamelang a nkōpa hore ke fane ka puo hape. Ho ne ho bile teng halofo feela ea phutheho! Ke ile ka lumela, ’me ba 461 ba ile ba e-ba teng puong ea bobeli, ’me kakaretso eohle ea e-ba 948!”
Ha a ntse a le mona, Mor’abo rōna Nobre o ile a ithuta ho hongata ka bophelo ba letsatsi le letsatsi ba barab’abo rōna ba Angola. O ile a fumana hore literata tsa Luanda li kotsi ka lebaka la ho thunyana, empa o ile a ikamahanya le maemo kapele ’me a lebisa tlhokomelo thahasellong e sa tloaelehang eo batho ba e bontšang molaetseng oa ’Muso. Mabapi le moo a neng a fihletse teng, o re: “Barab’abo rōna ba ile ba mpha se molemohali seo ba ka se khonang. Sohle seo re neng re e-na le sona e ne e le lintho tse hlokahalang bophelong, empa li ne li lekane.”
Komello e Matla
Mathoasong a 1990, mokalli oa pere e ntšo ea Tšenolo—tlala ea boja-likata—o ile a hlasela karolo e ka boroa ea Angola ha komello e matla ea likhoeli tse tharo e ipha matla. (Tšen. 6:5, 6) Lijalo li ile tsa senyeha. Ho ile ha e-ba le mahlomola a mangata. Ho ea ka Diário de Notícias ea Lisbon, bonyane ho ile ha shoa ba 10 000 ka lebaka la komello.
Ha lekala la Portugal le utloa ka boemo bona, ka potlako barab’abo rōna ba ile ba romela lik’hontheinara tse peli ka barab’abo rōna le bo-rakhoebo ba neng ba bontša thahasello ’neteng ea Bibele. K’hontheinara e ’ngoe e ile ea ea Benguela, e ’ngoe ea ea Luanda.
Lekala la Afrika Boroa le ile la isa liphallelo tse boima ba lithane tse 25 ka teraka e fetang le Namibia. Ha barab’abo rōna ba fihla Windhoek, ba ile ba kōpa tumello ho moemeli oa Angola hore ba kene Angola ba ise liphallelo ho barab’abo bona ba Bakreste. Le hoja motho enoa ea boholong a ne a tseba hore Lipaki ha lia lumelloa naheng ea habo, ka thabo o ile a fana ka lipampiri tse hlokahalang e le hore liphallelo li ka fihla ho batho bao ba mahlomoleng. Ho bile ha etsoa tokisetso ea hore ba felehetsoe ke masole ho tiisa hore ba sireletsehile.
Ha teraka e fihla borokhong ba nakoana Nōkeng ea Cunene, barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho ntša ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho e kenya ka har’a teraka e nyenyane ’me ba boela ba li khutlisetsa kaofela terakeng e khōlō ha ba se ba tšeletse ka mose ba sireletsehile. Ka mor’a ho feta libaka tsa ho hlahlojoa ke masole tse 30, teraka e ile ea fihla Lubango. Mosebetsi ona o atlehileng o ile oa bula tsela bakeng sa maeto a eketsehileng a mararo, leetong ka leng ho nkiloe lithane tse ngata tsa liphallelo.
Flávio Teixeira Quental, ea neng a le teng Lubango ha teraka ea pele e fihla o sa hopola: “Ha re bona teraka e fihla hoo e ka bang ka hora ea boraro thapama, re ile ra thaba haholo le ho tšeliseha, hammoho le ho makala le ho tšoha ka tsela e itseng. Re ne re tla boloka lithane tse 25 tsa lingoliloeng, liaparo le lijo hokae? Holo ea rōna ea ’Muso e ne e se na mamati kapa lifensetere, ’me ntlo ea rōna e ne e le nyenyane haholo bakeng sa mabokose ao ’ohle. Ka potlako re ile ra lokisetsa hore barab’abo rōna ba lebele motšehare le bosiu bohle, ’me ra kenya lintho tsohle ka Holong ea ’Muso.”
Liphallelo tsohle li ile tsa abuoa hang-hang. Mor’abo rōna Quental o tsoela pele: “Ena e ne e le nako ea ntoa. . . . Ka nako ena hangata re ne re e-na le makasine e le ’ngoe feela bakeng sa phutheho eohle. Re ile ra leboha Jehova hakaakang, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, le barab’abo rōna ba ratehang ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa barab’abo bona bao le ho ba tseba ba neng ba sa ba tsebe! Sena se ile sa re hopotsa mofuta oa lerato leo Jesu a le bontšitseng moloko oa batho ka ho fana ka bophelo ba hae e le motho molemong oa ba bang.”—Joh. 3:16.
Lengolo la kananelo le tsoang ho baholo ba Benguela le ile la re: “Mafelo-bekeng ana a fetileng ho bile le mosebetsi o mongata ha baithaopi ba 32 ba aba liphallelo tseo re li amohetseng. Re leboha bao lipelo tsa bona tse mosa li ba susumelelitseng ho re romela mpho ena.” Ho sa tsotellehe tlala ea boja-likata, ha ho le ea mong oa barab’abo rōna ea ileng a bolaoa ke tlala sebakeng sena.
Tšepiso ea Litokelo Tsa Botho
Ka la 31 May, 1991, lihlopha tse loantšanang Angola li ile tsa saena tumellano ea ho beha libetsa fatše, ’me ha e-ba le nako ea khotso e lekanyelitsoeng. Ho ile ha lumellanoa ka molao-motheo o mocha, o tšepisang litokelo tsa botho le tsa bopolotiki. Ntoa ea lehae ea lilemo tse 16 e ne e siile naha e senyehile. Ho ne ho bolailoe batho ba ka bang 300 000. Nako e lebeletsoeng ea ho phela ha monna e ne e le lilemo tse 43; ea mosali e le lilemo tse 46. Ho hloka mosebetsi le ho phahama ha theko ea lintho ho ne ho eketseha. Tsamaiso ea thuto e ne e sentsoe haholo. Ho ne ho hlokahala hore lintho li tsosolosoe ka matla. Na hoo ho ne ho tla akarelletsa ho lokolla Lipaki tsa Jehova thibelong e bileng teng ho tloha ka 1978?
Ka la 22 October, 1991, ho ile ha etsoa kōpo ho letona la toka hore ho ngolisoe mokhatlo oa bolumeli oa Lipaki tsa Jehova Angola. Kōpo ena e bile ea tsebisoa mecha ea litaba e le hore e tsejoe ke bohle.
Letsatsing le hlahlamang feela Jornal de Angola e ile ea hatisa sehlooho seo ho sona ho neng ho e-na le karolo e reng: “Ho ea ka ’muelli oa Lipaki Angola, ho na le tšepo ea hore Mokhatlo ona o tla amoheloa, ’me kamohelo ea selelekela e fanoeng ke Letona la Toka ea khotsofatsa.” Hape sehlooho sena se ile sa hlahloba histori ea Lipaki tsa Jehova Angola, esita le tlaleho ea tsona linaheng tse kang Portugal le Mozambique, moo thibelo mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova e ileng ea tlosoa.
Ka lekhetlo la pele Angola, Lipaki tsa Jehova li ile tsa phatlalatsoa hantle! Matsatsi a ’maloa hamorao, mookameli oa koranta o ile a bolela hore o amohetse melaetsa e mengata ea thelefono, e tsoang esita le ho batho ba maemong a phahameng, ba mo lebohela ka ho hatisa sehlooho seo.
“Phihlelo eo Nke Keng ka e Lebala le ka Mohla”
Lipaki tsa Jehova li ne li se li ntse li qala ho kopana ka bolokolohi. Liphutheho tse nang le bahoeletsi ba 100 li ile tsa tlaleha hore batho ba 300 ho isa ho ba 500 ba ne ba e-ba teng libokeng! Ebe Lipaki, tseo ho fihlela nakong eo li neng li qobelloa ho kopana ka lihlopha tse nyenyane malapeng, li ne li tla amohela matšoele a joalo joang? Bara ba bang babo rōna ba nang le lijarete tse khōlō ba ile ba hloma marulelo a masenke ’me ba fana ka sebaka seo hore phutheho e se sebelise. Liphutheho tse ngata li ne li kopanela moo ho bulehileng. Bahoeletsi ba ile ba khothalletsoa ho mema feela liithuti tsa Bibele tse hatetseng pele hore li tle libokeng le likopanong hobane ho ne ho se na sebaka bakeng sa ba bang bohle. Libaka tsa borapeli li ne li hlokahala ka potlako.
Douglas Guest le Mário P. Oliveira ba ile ba romeloa ho tloha Portugal ho tla thusa barab’abo rōna ho lekanyetsa mosebetsi o teng le ho nahanela litlhoko tsa nako e tlang. Ha ba ntse ba le moo, ho ile ha tšoaroa liboka tse khethehileng le baholo le bo-pula-maliboho ba tsoang liphuthehong tse 127 tsa Luanda. Ho ne ho e-na le monyetla oa ho kopana le baholo ba tsoang liphuthehong tse 30 tse seng motse-moholo. Likarolo tsohle tsa naha li ne li emetsoe. E bile nako e matlafatsang hakaakang!
Le ho Mor’abo rōna Guest e bile phihlelo e amang maikutlo ka ho tebileng. O ne a ile a sebelisana haufi le bara bana babo rōna ka lilemo tse fetang 30 ka ngollano. Ha a hopola ketelo ena, o ile a re: “Ho ikhethang e bile hore ba ne ba sa tletlebe ka boemo ba bona ba bophelo. Khotso ea ka hare e ne e khanya lifahlehong tsa bona tse bososelang, e senola hore ba ne ba phetse hantle moeeng ba bile ba atlehile. Ba ne ba bua feela ka tebello ea ho atolosa mosebetsi oa boboleli naheng ea bona. E bile phihlelo eo nke keng ka e lebala le ka mohla.”
Ho Amoheloa Hape ka Molao
Ka la 10 April, 1992, koranta ea molao ea ’muso, Diário da República, e ile ea phatlalatsa hore Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova o amohetsoe ka molao. Lipaki tsa Jehova li ne li ikemiselitse ka matla ho sebelisa hamolemo menyetla eo sena se li fileng eona. Ka potlako ho ile ha finyelloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 18 911—keketseho ea karolo ea 30 lekholong ho feta karolelano ea selemo se fetileng. Lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 56 075—tseo e neng e le karolelano ea lithuto tse tharo bakeng sa mohoeletsi ka mong—li ile tsa bontša hore ho larile kotulo e khōlō ka pele.
Joale lekala la Afrika Boroa le ile la tsebisoa hore le ka qala ho romela Molula-Qhooa, Tsoha! le lingoliloeng tse ling Angola. Ho ile ha rekoa literaka tse peli ho etsa hore ho be bonolo ho isa lingoliloeng liphuthehong tse sebakeng sena. Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang ha likopi tse 24 000 tsa Molula-Qhooa oa May 1, 1992, le likopi tse 12 000 tsa Tsoha! ea May 8, 1992, li fihla! Ka potlako ho ne ho e-na le libuka tse lekaneng tseo ho ka khannoang lithuto tsa mahae tsa Bibele ka tsona. Pele ho mona, bakeng sa ho khanna lithuto, bahoeletsi ba bang ba ne ba tšoara ka hlooho potso e ’ngoe le e ’ngoe le karabo e bukeng e ithutoang.
Ho Tobana le Linako Tse Thata—Hape!
Pefo e ne e sa fela. Ka mor’a likhetho ka September 1992, naha e ile ea boela ea tsekolloa ke ntoa ea lehae. Ntoa e matla haholo e ile ea qhoma ka la 30 October metseng e mehlano e meholo: Lubango, Benguela, Huambo, Lobito le Luanda haholo-holo, moo ho ileng ha tlalehoa hore ho bolailoe ba 1 000 matsatsing a qalang a ntoa.
Lipetlele li ne li tletse ho feta tekano. Litopo li ne li rapaletse literateng. Mafu a seoa a ile a ata. Ka libeke tse ’maloa ho ne ho se na motlakase, lijo le metsi. Ho ne ho atile bosholu le tlatlapo. Baahi ba bangata ba ne ba sithabetse maikutlo.
Lipaki tse ngata tsa Jehova Luanda li ile tsa bolaoa; tse ling ha tlalehoa hore li nyametse. Ha litlaleho tsa maemo a tebileng ao barab’abo rōna ba tobaneng le ’ona li fihla Portugal, kapele-pele lekala le ile la romela lijo le meriana.
Nakong ena ea ntoa e pakeng tsa mekha ea lipolotiki, sechaba se ile sa hlokomela ho se nke lehlakore ho tiileng ha Lipaki tsa Jehova. Li ile tsa buuoa hantle ka hore ebe ke tsona feela tse neng li sa kenelle lipolotiking ’me li sa nke lehlakore ho loaneleng puso. Batho ba thahasellang ba ile ba qala ho atamela Lipaki seterateng ba kōpa lithuto tsa Bibele.
Ha Lipaki li talima boemo ba tsona, li ne li kholisehile hore li latsoa phethahatso ea boprofeta ba Bibele, ’me sena se ile sa matlafatsa tšepo ea tsona ’Musong oa Molimo haholoanyane. Li ile tsa ananela hore ho ne ho le nakong ho ithuta buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, haholo-holo karolo e buang ka mesebetsi ea sebata matsatsing ana a qetello.
Molaetsa o Tsoang ho Sehlopha se Busang
Nakoana ka mor’a hore pefo e qale bocha, Sehlopha se Busang se ile sa romella lekala la Portugal lengolo le amang maikutlo le senolang kameho ka barab’abo rōna ba Angola. Har’a tse ling, lengolo le ne le bua ka litlhoko tse potlakileng tsa barab’abo rōna ba Angola. Qetellong ea lengolo, Sehlopha se Busang se ile sa kōpa hore lerato la sona le mofuthu le fetisetsoe ho barab’abo rōna ba Angola.
Ha barab’abo rōna ba amohela molaetsa ona Luanda, ba ile ba leboha Jehova ka tieo bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng o lerato hakaalo o hlokomelang batho ba hae ka lerato linakong tsa tsieleho. Pontšo ena ea lerato e ile ea tšelisa haholo-holo malapa a barab’abo rōna ba ileng ba shoa nakong ena e tletseng pefo.
Kopano ea Setereke e Ikhethang
Ka January 1993, maemo a ne a batla a khutsitse Luanda, ’me ho ne ho le bonolo hore bahoeletsi ba bangata ba tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa naha ba be teng Likopanong tsa Setereke tsa “Bajari ba Leseli” motse-moholo. Ba bang ba ne ba tsamaile ka maoto sebaka se selelele. Morali e mong oabo rōna ea tsoang Profinseng ea Huambo o ile a tsamaea ka maoto ka matsatsi a supileng le bana ba hae ba banyenyane ba bane, e moholo a le lilemo li tšeletseng feela. O ile a fihla a khathetse empa a lebeletse ka thabo mokete oa moea oo ba neng ba tlil’o o thabela.
Industrial Fair Pavilion e ile ea hiroa bakeng sa libeke tse peli tse latellanang. Lijenereitara le thepa ea molumo li ne li tsoa Portugal. Le hoja barab’abo rōna ba ne ba memme feela ba neng ba e-ba teng libokeng kamehla, sebaka sa boithabiso se ne se tletse likopanong ka bobeli. Kakaretso eohle ea ba bileng teng e bile 24 491. E ne e le lekhetlo la pele barab’abo rōna ba Angola ba khona ho thabela lenaneo la kopano ea matsatsi a feletseng a mararo, ho kopanyelletsa le tšoantšiso. Likopanong tseo ho bile le basebeletsi ba bacha ba 629 ba ileng ba kolobetsoa, ’me ba tlileng kopanong ba ile ba thabela ho amohela bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! ka Sekikongo, Sekimbundu le Seumbundu, esita le bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? ka Sepotoketsi.
Ba boholong ’musong ba ile ba hlokomela boitšoaro bo botle ba Lipaki tse bileng teng. E bile phapang e khōlō ha ho bapisoa le se neng se etsahala Luanda. Ka letsatsi leo kopano ea pele e qalileng ka lona, pefo khahlanong le baphaphathehi ba boelang mahae e ile ea qhoma litoropong tse sa tšoaneng tsa motse. Ba bangata ba ile ba bolaoa ’me ba makholo ba ntšoa kotsi. Ho utsoa ho ne ho atile. Matlo a ile a senngoa, ho kopanyelletsa le a bara ba bang babo rōna. Leru lena le letšo la pefo e qalileng bocha le ile la etsa hore phapang e khōlō ea leseli la moea le thabeloang ke batho ba Jehova e bonahale haholoanyane.—Esa. 60:2.
Liphutheho li Thatafalloa ho Buisana le Ofisi
Ka lebaka la ntoa e qalileng bocha, butle-butle liphutheho tse ngata liprofinseng li ile tsa thatafalloa ho buisana le ofisi ea Luanda. Lebotho la khanyetso le ile la theha ntlo-khōlō ea lona Huambo ka January 1993, eaba ho latela ntoa e mahlo-mafubelu. Barab’abo rōna ba ile ba balehela morung e le sehlopha ha motse ona o motle o senngoa. Ka likhoeli tse ’nè ho hang ho ne ho sa utloahale letho ka liphutheho tse 11 tse neng li le motseng oo. Qetellong ka April ho ile ha amoheloa molaetsa o mokhutšoanyane: “Palo ea ba bileng teng Sehopotsong liphuthehong tse 11 tsa Huambo: 3 505. Ho fihlela joale, ha re lle ka letho.” E bile litaba tse monate hakaakang hore ebe ha ho le ea mong oa barab’abo rōna ea neng a bolailoe!
Likhoeling le lilemong tse ileng tsa latela, ho ile ha kena litlaleho tse ngata, tse senolang tlaleho ea botšepehi le mamello. Phutheho e ’ngoe e ile ea tlaleha: “Nako e mpe ka ho fetisisa e bile nako ea likhoeli tse peli ha ntoa e ne e le mpe hoo ho neng ho se motho ea sebete ho tsoela literateng motšehare. Barab’abo rōna ba ile ba khobokana kamoreng e ka tlaase ea folete. Bosiu ba ne ba tsoa ho ea kha metsi ao ba tla a belisa e le hore ba tle ba be le seo ba se noang letsatsing le hlahlamang. Hangata batho ba neng ba leka ho tšela seterata ba tloha mohahong o mong ba e-ea ho o mong ba ne ba thunngoa ke batho ba ipatileng. Barab’abo rōna ba ile ba fumana lijo joang? Ba ile ba kopanya chelete hore ba reke raese ho masole ka boturu. Motho ka mong o ne a fuoa komiki e le ’ngoe ka letsatsi. Haeba ba ne ba sa fumana lijo, ba ne ba leka ho fokotsa bohloko ba tlala ka ho noa metsi a belisitsoeng. Ha baa ka ba fumana lingoliloeng, empa, e le hore ba lule ba le matla moeeng, ba ile ba bala limakasine le libuka tseo ba neng ba e-na le tsona ka ho li pheta-pheta. Ka lebaka leo, hona joale ba ikutloa ba le haufi haholoanyane le Jehova ho feta leha e le neng pele.”
Phutheho e Profinseng ea Kwanza Norte e ile ea thatafalloa ho buisana le ofisi ea Luanda ka lilemo tse peli. Le hoja li le thōko, Lipaki tsa moo ka botšepehi li ile tsa boloka tlaleho ea tšebeletso ea tsona ea tšimo le tlaleho ea menehelo e amohetsoeng. Boemo ba tsona bo ne bo le boima haholo, empa ha lia ka tsa itšebelisetsa lichelete tseo. Hape ka bomong li ne li ntse li etsa menehelo e menyenyane bakeng sa mosebetsi oa lefatše ka bophara. Lichelete tsena li ile tsa tlisoa ha qetellong li khona ho buisana le ofisi. Ke mohlala o motle hakaakang oa kananelo bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova!
Katoloso ea Bethele
Bofelong ba 1992, Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova o ile oa khona ho reka lehae le nang le mekato e meraro le neng le hiriloe e le ofisi ea komiti ea naha. Hona selemong seo, li ile tsa boela tsa khona ho hira ntlo ea polokelo e neng e loketse ho boloka lingoliloeng ’me hamorao ea sebelisoa e le sebaka se senyenyane sa khatiso. Lilemo tse peli hamorao, ho ile ha reroa ho lokisa lehae lena le nang le mekato e meraro le ho le eketsa ka mekato e meng e meraro.
Ho reka thepa sebakeng sena bakeng sa morero ona ho ne ho le thata, kahoo likarolo tsa mohaho o reriloeng li ile tsa etsoa Portugal eaba li romeloa Angola li kentsoe ka har’a lik’hontheinara. Carlos Cunha, Jorge Pegado le Noé Nunes ba ile ba tloha Portugal ho tla nehelana ka tsebo ea bona ea kaho morerong ona. Molebeli oa kaho, Mário P. Oliveira oa Portugal, o re: “Ha mosebetsi oa kaho o qala ka July 1994, ho ne ho phethesela Bethele ha lik’hontheinara li fihla ka ho latellana. Hoo e batlang e le e mong le e mong lelapeng lena o ile a thusa ho laolla lik’hontheinara tse neng li tlisitse lithulusi kaofela le thepa ea kaho, ho kopanyelletsa le pente, lithaele, mamati, liforeimi tsa lifensetere le lintho tse ling. Lelapa la Bethele le ne le balile ka mokhoa oa ho boloka nako, empa joale ho ne ho le thata ho kholoa seo le se bonang kamoo mekato e meraro e neng e nyoloha kapele kateng.”
Ha mohaho o fela, ho ile ha amoheloa lengolo la kananelo le tsoang ho mor’abo rōna oa hona mona ea ileng a re: “Ke leboha Jehova hore ebe ke ile ka lumelloa ho nka karolo kahong ea Bethele e ncha. Qalong e ne eka ke toro, empa ho fetohile ntho ea sebele. E bile tokelo e ikhethang ho khona ho ba teng ha ho hlahlojoa temana ea letsatsi, e leng se nkhothalitseng haholo. Ke ile ka boela ka khona ho tseba litho tsohle tsa lelapa la Bethele ka mabitso, tseo tse ling tsa tsona ke neng ke li bone feela ha li fana ka lipuo likopanong. Ke kōpa Jehova hore haeba ho hahoa Bethele e ncha kapa mohaho leha e le ofe nakong e tlang, ke fuoe tokelo e khōlō ea ho kopanela mosebetsing oo.”
Ho tloha ka nako eo, bakeng sa ho hlokomela litlhoko tse ntseng li hōla, ho ile ha rekoa setša se bohōlo ba lihekthere tse 4,5 ’me se le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 10 ka ntle ho Luanda. Re tšepa hore ke moo ofisi e ncha le lehae la Bethele li tlang ho ba teng.
Bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba ikemiselitseng ho thusa ba ile ba fihla Angola. Baromuoa ba robeli ba ile ba fihla ka May le June 1994. Barab’abo rōna ba tsoang Afrika Boroa ba ile ba etsa maeto a mangata ho tla thusa ho kopanya mochine o mocha oa khatiso le ho ruta barab’abo rōna ba sebakeng sena ho o sebelisa. Barab’abo rōna ba tsoang Portugal ba ile ba tla thusa ofisi ka lik’homphieutha, poloko ea libuka le litaba tse ling tse amang tlhophiso. Litho tsa Bethele tse tsoang linaheng lisele tsa Canada le Brazil li ile tsa nehelana ka tsebo ea tsona. Barab’abo rōna ba ile ba ananela hakaakang boikemisetso ba tsona ba ho thusa mosebetsing esita le ho koetlisa barab’abo rōna ba sebakeng see ka tsebo ea bohlokoa ea mesebetsi!
Likopano li Fana ka Bopaki bo Botle
Ka 1994 ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho tšoara likopano tsa setereke libakeng tse eketsehileng. Ka lekhetlo la pele, tse peli tsa tsona li ile tsa tšoareloa liprofinseng: e ’ngoe e ne e le Benguela, ’me ba bileng teng ba ne ba le 2 043, ha e ’ngoe e ne e le Namibe, moo ho bileng teng ba etsang tlhōrō ea ba 4 088. Kakaretso ea ba bileng teng e bile 67 278 ’me ha kolobetsoa ba 962.
Motsamaisi oa mohaho o mong o ile a khahloa haholo ke seo a se boneng hoo a ileng a lumela hore lebala la hae la boithabiso le sebelisoe ntle ho tefo ka libeke tse peli. Motho ea thahasellang o ile a re: “E bile ho thabisang hakaakang ho bona mekhoa e bontšang mosa! Ke ne ke sa tl’o ba sehloela sa lōna; ke lakatsa ho tsoela pele le lōna. Ke kōpa hore le nketsetse mosa o moholo oa hore le nthomelle morupeli hang ha ho khoneha, e le hore nka latela mohlala oa lōna ka tieo.”
Bakeng sa Kopano ea Setereke ea “Barorisi ba Thabileng” ka August 1995, Lipaki li ile tsa fumana lebala le leholo la lipapali khubung ea Luanda. Barab’abo rōna ba ile ba tsosa karolo e khōlō ea lehong moo ho luloang teng, ba e penta bocha ’me ba lokisa le lipompo tsa metsi. Batho ba ne ba tla arabela joang ha ba mengoa hore ba be teng? Karabelo e bile e hlollang! Mafelo-bekeng a pele, letšoele le ile la tšolohela lebaleng la bolo ’me la tlatsa sebaka sohle se tlas’a moo ho luloang teng. Ba tlileng kopanong ba ile ba thaba ha ba utloa hore ho bile teng ba 40 035. Mafelo-bekeng a hlahlamang, ba bang ba 33 119 ba ile ba e-ba teng. Ho ile ha kolobetsoa ba etsang kakaretso ea ba 1 089.
Kaha naheng eohle ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse ka tlaase ho 26 000, batho baa bohle ba ne ba tsoa hokae? E ne e le batho ba Angola ba neng ba bontša thahasello molaetseng oa Bibele o rutoang ke Lipaki tsa Jehova. Motlalehi oa mocha oa litaba oa Luanda o ile a re: “Ho etsahala ntho eo le ka mohla e e-song ho bonoe mona Lebaleng la Lipapali la Coqueiros. Batho ba ka bang 60 000 ba maemo ’ohle a bophelo ba teng kopanong ea setereke ea Lipaki tsa Jehova. Ka sebele hoa hlolla; banna, basali, bana le batho ba hōlileng kaofela ba bokane hammoho . . . ba mametse ha ba khothalletsoa hore ba rorise Molimo oa bona, Jehova.”
Ba ileng ba bona ha ba tlileng kopanong ba fihla ba ile ba khahloa ke hore ho sa tsotellehe chelete e nyenyane, kaofela ba ne ba le makhethe ebile ba hloekile. Nakong ea mananeo, e mong le e mong o ne a mametse ka hloko. Ho ne ho bonahala eka batho feela ba neng ba tsamaea e ne e le bahlokomeli ba neng ba bala batho. Motlatsi oa tona-khōlō ea ’muso ea ileng a ba teng lenaneong lohle la Sontaha hoseng o ile a re: “Ke maketse! Ke phapang e kaakang pakeng tsa batho ba ka har’a lebala lena la lipapali le ba ka ntle ho lona. Ke khahloa ke molemo o sebetsang oa lenaneo la lōna. Kea le lebohela!”
Lipaki tsa Angola li ne li balile ka likopano tse khōlō tsa batho ba Jehova likarolong tse ling tsa lefatše. Empa joale li ne li le teng kopanong e joalo naheng ea habo tsona. E bile tlhohonolofatso e kaakang ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho mamella linako tse thata ka ho fetisisa! Li ne li hloletsoe. Lipelo tsa tsona li ne li tletse liteboho tse eang ho Jehova ka ho li lumella ho ba karolo ea lelapa la hae le khethehileng lefatšeng nakong ena ea bohlokoa historing ea batho.
Angola e Fetoha Lekala
Boboleli ba litaba tse molemo bo ne bo atoloha ka potlako. Lilemong tsa ho tloha ka 1994 ho ea ho 1996, ka karolelano palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ka karolo ea 14 lekholong selemo ka seng. Tlhōrō ea bahoeletsi e bile 28 969, ’me palo ea lithuto tsa lehae tsa Bibele ea feta 61 000. Ha Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova o ngolisoa ka 1992, ho ne ho e-na le liphutheho tse 213; ka 1996 palo eo e ne e nyolohetse ho 405. Palo ea ba 108 394 ba bileng teng Sehopotsong selemong seo e ile ea supa pokello e ngata e tlang.
Ho fetola ofisi ea Luanda hore e be lekala ho ne ho ka potlakisa tsela eo litlhoko tsa sebaka sena li sebetsoang ka eona. Kahoo, ka la 1 September, 1996, ofisi ea lekala e ile ea qala ho sebetsa Angola. Sehlopha se Busang se ile sa khetha barab’abo rōna ba bararo ba neng ba se ba sebelelitse komiting ea naha ka botšepehi hore ba be Komiting ea Lekala: João Mancoca, Domingos Mateus le Silvestre Simão. Ba bang ba babeli, bao e leng baromuoa, ba ile ba khetheloa ho sebeletsa hammoho le bona: José Casimiro le Steve Starycki.
E le ho thusa ho lokisetsa phetoho ena, Douglas Guest, ea tsoang lekaleng la Portugal, o ile a etela Angola ka June 1996. O ile a bua le lelapa la Bethele le nang le litho tse 56 ka tlhokahalo ea hore li behe mohlala o motle linthong tsohle. Lenaneo le khethehileng bakeng sa baholo le bo-pula-maliboho ba 5 260, hammoho le basali ba bona, ba tsoang Luanda kaofela ha eona, le ile la e-ba le lipuisano ka lipotso le litho tsa Komiti ea Lekala le bara ba bang babo rōna ba hōlileng, ba ikhopotsa lintlha tse khōlō tsa histori ea batho ba Jehova Angola. Mor’abo rōna Guest o ile a buisana le bona ka sebete se tlisoang ke ho tšepa Jehova le ho itšetleha ka Eena bakeng sa matla.
Ho Etsa Hore ’Nete e be Teng ka Lipuo Tsa Habo Bona
Tšenolo 7:9 e bolela hore “bongata bo boholo” ba batho ba tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle” bo ne bo tla kopanela ho rapeleng Jehova. Ka sebele Angola e kopanyellelitsoe boprofeteng bona. Ho na le lipuo tse 42 le maleme a mangata Angola. Ho tsona, Seumbundu, Sekimbundu le Sikikongo ke tsona lipuo tsa batho ba mona tse sebelisoang haholo.
Ka lilemo-lemo, libokeng tsa phutheho hangata ho ne ho fetoleloa boitsebiso bo ithutoang ho tloha ho Sepotoketsi ho bo isa bonyane puong e le ’ngoe ea sebaka sena. E le hore ba be le boitsebiso bo ithutoang, ho ne ho hlokahala hore batho ba ithute Sepotoketsi, leha ho le joalo, menyetla ea thuto e ne e fokola haholo. E ’ngoe ea lingoliloeng tsa pele tse ileng tsa fumaneha ka Seumbundu ke bukana ea “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso.” Ka 1978 ha e mong oa baholo a fumana kopi, o ile a re: “Kaha bukana ena e teng ka Seumbundu, Moçâmedes [eo hona joale e leng Namibe] e tla ba le bahoeletsi ba fetang 300. Batho ba bangata sebakeng sena ba bua puo ena ebile baa e bala. Ena ke tlhohonolofatso ea sebele!” Tlhohonolofatso ena e bile khōlō hoo hona joale Namibe ho nang le bahoeletsi ba 1 362 liphuthehong tse 21.
Empa ho ne ho hlokahala hore ho etsoe ho eketsehileng ho finyella lipelo tsa batho ba Angola ka ho fana ka litaba tse molemo ka lipuo tsa habo bona. Ho ne ho hlokahala hore ho raloe motheo oa Lefapha le feletseng la Phetolelo. Nakoana ka mor’a hore Lipaki tsa Jehova li ngolisoe ka molao ka 1992, batho ba bararo bao e ka bang bafetoleli ba ile ba romeloa lekaleng la Afrika Boroa ho ea fumana koetliso ea selelekela. Ho ile ha fumanoa lik’homphieutha. Joale Keith Wiggill le mosali oa hae, Evelyn, ba ile ba tloha Afrika Boroa ba tla thusa ho theha lefapha le lecha le ho sebelisa mananeo a Mokhatlo a lik’homphieutha a Phetolelo.
Ho ile ha qala ho fanoa ka lingoliloeng tse ngata ka lipuo tsa sebaka sena. Ka Seumbundu, ho ile ha hatisoa libukana tse kang Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! le Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Eaba ho etsoa hore li be teng ka Sekikongo le Sekimbundu, hammoho le lipampitšana tse sa tšoaneng. Ka 1996 buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? li ile tsa lokolloa ka lipuo tsena tse tharo. Molebeli oa setereke o ile a tlaleha hore ho e ’ngoe ea liphutheho tseo a neng a li sebeletsa, o ile a sebelisa nehelano e bonolo haholo le e tobileng ’me a khona ho qala lithuto tsa Bibele tse 90 ka beke e le ’ngoe! Selemong se hlahlamang palo ea liphutheho e ile ea eketseha ho tloha ho tse 478 ho ea ho tse 606.
E bile tlhohonolofatso e kaakang hore barab’abo rōna ba khone ho utloa le ho bala linnete tsa Bibele ka lipuo tsa habo bona! Ka 1998 kopano ea pele ea setereke e feletseng ea puo ea Seumbundu e ile ea tšoaroa Huambo. Ho bile teng ba ka holimo ho 3 600. Ka lipelo tse tletseng kananelo, ba tlileng kopanong ena ba ile ba utluoa ba re, “Jehova ha aa re lebala!” Bopaki ba kameho eo e lerato bo ile ba eketsoa ha Molula-Qhooa o fumaneha ka Seumbundu, ho tloha ka tokollo ea January 1, 1999.
Tlhokahalo e Potlakileng ea Liholo Tsa ’Muso
Ka lilemo tse ngata, ka lebaka la lithibelo mosebetsing oa tsona, Lipaki tsa Jehova Angola li ne li sa khone ho ba le Liholo tsa ’Muso. Ho tloha ka 1992, palo ea liphutheho Luanda feela e eketsehile ho tloha ho tse 147 ho ea ho tse 514. Naheng eohle, palo ea liphutheho e eketsehile ka ho fetang karolo ea 200 lekholong, ho ea ho tse 696. Ba bang teng libokeng ba etsa karolelano ea batho ba pakeng tsa 200 le 400 liphuthehong tse ngata. Likopano tse nyenyane le tse khōlō tsa 1998 li ile tsa tlaleha palo ea ba bileng teng e menang palo ea bahoeletsi ka makhetlo a mane! Ho hlokahala libaka tse loketseng tsa liboka ka potlako.
Motse oa Lubango o bile le Holo ea ’Muso ea pele ka 1997, Lobito ka July 1998, ’me Viana (ka boroa ho Luanda) ka December 1999. Ka thuso ea lenaneo le teng hona joale la kaho ea Liholo tsa ’Muso, hona joale ho etsoa tsoelo-pele.
Ho ile ha reroa hore ho etsoe Holo ea ’Muso e ka sebelisoang Angola, e entsoeng ka foreime ea tšepe e ka tlosoang sebakeng se seng ea isoa ho se seng, e bulehileng ka mahlakoreng. Ke hobane’ng ha e le e ka tlosoang sebakeng se seng ea isoa ho se seng? Ho sa tsotellehe boiteko ba ho fumana tiiso ea molao ea setša, motho e mong a ka ’na a fihla leha e se e le khale mohaho o eme eaba o bolela hore ke eena mong’a setša seo oa molao. Holo ena ea ’Muso e etselitsoe hore e isoe sebakeng se seng haeba ho hlokahala. Mabapi le ho buleha ka mahlakoreng, hona ho loketse haholoanyane ka lebaka la mocheso sebakeng sena. Ka May 2000, thepa ea likarolo tsa pele tse entsoeng esale pele e ile ea fihla. Naheng ena ho na le Liholo tsa ’Muso tse 24 feela tse entsoeng ka mekhoa e fapa-fapaneng, ’me lilemong tse hlano tse tlang ho tla hlokahala tse ling tse 355. Ho tšepiloe hore se etsoang hona joale se tla thusa ho finyella tlhokahalo ena e potlakileng.
Ho phaella mosebetsing oa Liholo tsa ’Muso, ho reriloe hore nakong e tlang ho hahuoe Holo ea Kopano e nang le foreimi ea tšepe, e bulehileng ka mahlakoreng eo ho eona ho ka lulang batho ba 12 000.
Ho Hlompha Khalalelo ea Mali
E le ho finyella tlhokahalo e ’ngoe hape, ka October 1996 Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC [Hospital Liaison Committee]) e entsoeng ka baholo ba tsotellang ba leshome e ile ea qala ho sebeletsa liphutheho tse makholo motseng oohle oa Luanda. Lipaki tsa sebakeng sena li ile tsa thabela ho ba le barab’abo rōna ba koetlisitsoeng hantle ba neng ba fumaneha hore ba li thuse ho fumana phekolo ea meriana e nahanelang takatso ea tsona ea ho ‘ila mali.’—Lik. 15:28, 29.
Lipetlele tse ileng tsa pholoha ntoa li ne li lokisitsoe ka tsela e fokolang ho tloha bohareng ba lilemo tsa bo-1970. Meriana e ne e haella. Maemong ana a thata, na lingaka li ne li tla ikemisetsa ho sebelisana le Lipaki tsa Jehova ho theha lenaneo la ho phekola le ho buoa ntle ho mali? Qalong, lingaka tse ngata le batsamaisi ba sepetlele ha baa ka ba arabela hantle kapa ba ile ba hlakola nako e behelanoeng. Eaba ho hlaha boemo ba tšohanyetso bo hlokang meriana.
Mor’abo rōna profinseng ea Malanje o ile a isoa Sepetlele sa Américo Boavida, Luanda, bakeng sa ho buuoa ho ntša hlahala e ka maleng. Setho sa HLC se ile sa felehetsa mosali oa mor’abo rōna ho ea bona ngaka e buoang. Dr. Jaime de Abreu, mookameli lefapheng la ho buoa sepetlele, o ile a amohela Lipaki tsena tse peli. Li ile tsa makala hore ebe o tloaelane le Lipaki tsa Jehova le boemo ba tsona tabeng ea mali, ’me o ne a utloetse ka lenaneo la ho se sebelise mali nakong ea ha a le phomolong Portugal.
Ka tšebelisano-’moho le Dr. de Abreu, o ile a buuoa ka katleho ho sa sebelisoa mali. Hamorao, barab’abo rōna ba HLC ba ile ba kopana le Dr. de Abreu le sehlopha sa hae bakeng sa ho fana ka boitsebiso bo eketsehileng. Hona joale lingaka tse hlano li sebelisana le Lipaki ho hlompha boemo ba tsona ka mali.
Basebetsi ba Eketsehileng Bakeng sa Kotulo
Hang ha ho sebetsanoe le litlhoko tse ngata tse amang tlhophiso le lingoliloeng, ho ile ha lebisoa tlhokomelo e eketsehileng thahasellong e khōlō e bontšoang tšimong. Mantsoe a Jesu a sebetsa hantle hakaakang Angola: “E, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae”! (Mat. 9:37) Litlaleho li ile tsa senola hore metse e mengata e hloka thuso bakeng sa ho hlokomela ba bontšang thahasello ’neteng.
Ha o arabela tlhokong ena, Mokhatlo o ile oa romela baromuoa ba eketsehileng ba 11 ho ea thusa ‘kotulong.’ Ba bang ba ile ba abeloa metse e lebōpong la leoatle ea Benguela le Namibe. Empa Jehova o hlahisitse basebetsi ba bangata har’a batho ba Angola ka bobona. Lilemong tse hlano feela tse fetileng, ho kolobelitsoe batho ba 21 839, ka tsela ena ba ikopantse le boieane ba barorisi ba Jehova ba inehetseng naheng ena.
Mahlo a Jehova a ba Talimile
Ho bile thata ho romela barab’abo rōna ba nang le phihlelo libakeng tsohle tseo ho tsona ho nang le thahasello Lentsoeng la Molimo. Phello e bile efe? Ho fanoe ka bopaki bo eketsehileng ba hore mosebetsi o laoloa ke moea oa Molimo, eseng ke motho. (Zak. 4:6) Mahlo a Jehova a talimile bahlanka bohle ba hae, esita le ba bang bao ka tieo ba batlang ho tseba Molimo oa ’nete le ho mo sebeletsa.—Pes. 65:2; Liprov. 15:3.
Baahi ba bang ba motse oa Kwanza Norte ba ile ba ea Luanda ’me ba fumana limakasine ho Lipaki tse neng li aba likopi seterateng. Ha ba hlokomela hore na limakasine tsena li fupere litaba tse molemo hakae, baahi bana ba motse ba ile ba etsa qeto ea ho latela mohlala oa Lipaki tse Luanda ’me ba abela ba bang limakasine. Hape ba ile ba lemoha tlhokahalo ea hore ba kopane hammoho, kahoo monna a le mong sehlopheng o ile a leka ka hohle hore a tšoare liboka. Leha ho le joalo, kaha motse oo o ka thōko, ba boholong ba ne ba e-s’o tsebe hore Lipaki tsa Jehova li ne li se li ngolisitsoe ka molao lilemong tse tharo tse fetileng. Ka lebaka la sena, baahi bana ba motse ha baa ka ba lumelloa ho kopana phatlalatsa. Ba sa nyahama, ba ile ba kopanela morung.
Qetellong, ofisi ea Luanda e ile ea utloa hore batho ba Quilombo dos Dembos ba batla thuso ea ho hlophisa phutheho. Ho ile ha romeloa molebeli oa potoloho motseng ona ka October 1997, ’me nakong ea ketelo ea hae batho ba 140 ba ile ba e-ba teng sebokeng. O ne a lula a e-na le kopi ea melao ea Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova, kahoo o ile a khona ho fana ka bopaki ho ba boholong sebakeng seo hore Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo o sebetsang ka molao. Hona joale sehlopha sena se thabela ho kopana phatlalatsa, ’me har’a sona ho na le bo-pula-maliboho, bao hona joale ba thusang ba bangata ba thahasellang.
Ka 1996, Ana Maria Filomena o ile a fihla toropong e nyenyane profinseng ea Bié. O ile a etsa sohle se matleng a hae ho hasa litaba tse molemo, ’me ka potlako sehlopha sa batho ba thahasellang se ile sa bokana beke le beke bakeng sa thuto ea buka le Thuto ea Molula-Qhooa. Ana Maria o ne a tšoara liboka hobane ho ne ho se na mor’abo rōna ea kolobelitsoeng. Ka letsatsi le leng o ile a bolelloa hore molaoli ea phahameng oa sesole o ne a tla ba teng sebokeng sa Sontaha ho tla iponela se neng se rutoa moo. O ile a tla hammoho le masole a mabeli. Ho hlakile hore o ile a thabela seo a se utloileng hobane pele a tsamaea o ile a re: “Tsoelang pele ka mosebetsi oa lōna sebakeng sena ntle ho tšabo.” Sehlopha seo se senyenyane hona joale ke Phutheho ea Umbundu Kuito-Bié Sul, e nang le bahoeletsi ba 40 ’me batho 150 ba ba teng sebokeng sa Sontaha.
Ka lebaka la hore liphutheho tse profinseng ea Uíge li bile ka thōko ka lilemo tse ka bang peli, li ne li sa ka tsa fumana lijo tse hlokahalang tsa moea. Paki e ’ngoe moo e ile ea hlalosa bothata ho mong ka eona eo kamehla a neng a palama sefofane se tsamaisang thepa. Ka mosa mong ka eona o ile a ithaopela ho palamisa molebeli oa potoloho, pula-maliboho ea khethehileng le lingoliloeng tse boima ba lik’hilograma tse 400 ntle ho tefo. Ha barab’abo rōna ba fihla, ba ile ba fumana phutheho e neng e hlokomela lihlopha tse hlano tse ka thōko. Sehlopha ka seng se ne se tšoara liboka le batho ba thahasellang ba 50 ho ea ho ba 60.
Mathoasong a 1996 hona profinseng ena, molebeli oa potoloho o ile a etela phutheho e neng e bile ka thōko ho mokhatlo o hlophisitsoeng ka lilemo tse ka holimo ho tse ’nè. O ile a fumana eng? Le hoja ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 75 feela, ka kakaretso ho ile ha e-ba le batho ba 794 puong ea hae ea phatlalatsa! Ho hlakile hore ho lula sebakeng se ka thōko ho ne ho sa fokolisa cheseho ea bara bana babo rōna ea ho bolella ba bang litaba tse molemo.
Sebakeng sa Gabela, hōjana karolong e ka boroa ea Luanda, ho ile ha hlaha litlaleho tse tšoanang tse bontšang thahasello e khōlō ’neteng. Pula-maliboho e mong sebakeng sena o tšoara Lithuto tse hlano tsa Buka tsa Phutheho—e ’ngoe le e ’ngoe ka bosiu bo fapaneng ba beke. Le eena o ‘kōpa Mong’a kotulo hore a romele basebetsi ba eketsehileng.’—Mat. 9:37, 38.
“Khohlano e Sehlōhō ka ho Fetisisa Linakong Tsa Rōna”
Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa ho bolela litaba tse molemo ho pholletsa le Angola ke o hlollang haholoanyane ha ho nahanoa ka maemo naheng ena. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e ile ea hlalosa ntoa ea lehae ea Angola e le “khohlano e sehlōhō ka ho fetisisa linakong tsa rōna.” Ka lebaka la ho utloa bohloko ha batho ho amehang, ho ka ba thata ho hanyetsa tlhaloso ena. Esita le ka mor’a ho beha libetsa fatše, ho ile ha tlalehoa hore ho bolaoa batho ba 1 000 ka letsatsi. Ka March 2000, The New York Times e ile ea re: “Ntoa ea Angola, sechaba se nang le batho ba limilione tse 12, e siile ba milione ba shoele, ’me hona joale ba limilione tse tharo ba lelekiloe malapeng a bona.”
Esita le haeba lithunya tsohle li ne li ka khaotsa, liphello tsa ntoa li ne li tla sala. Lefatšeng lohle Angola ke eona e nang le liqhomane tsa fatše tse ngata ka ho fetisisa le batho bao ho hakanngoang hore ba 70 000 ba khaohileng litho ka lebaka la ho phatloha ha liqhomane tsa fatše—e leng palo e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Ho thata ho kholoa hore lihlopha tse loantšanang li ntse li tsoela pele ho jala liqhomane tsa fatše. Sena se etsa hore lihoai li tlohele masimo a tsona ’me se tlatsetsa khaellong e tebileng ea lijo bakeng sa baahi.
Har’a pefo ena, Lipaki tsa Jehova ha lia phema ho se tsoe kotsi. Profinseng ea Kwanza Norte, Lipaki tse ’nè le motho ea thahasellang li ile tsa bolaoa ke ho thunyana ho neng ho le teng pakeng tsa masole a ’muso le lebotho la khanyetso. Tse ling li ile tsa bolaoa likotsing tse amang liqhomane tsa fatše le libomo tse lahloang ho sa khethoe, tse ileng tsa phatloha limmarakeng. Ka 1999, Lipaki tse ’nè li ile tsa shoa ha li leka ho isa lijo le thepa e ’ngoe ho Bakreste-’moho le tsona Huambo. Re leboha hore ebe liketsahalo tse kang tsena li etsahala seoelo.
Hammoho le ba bang Lipaki tsa Jehova li utloisitsoe bohloko haholo ke khaello ea lijo, liaparo le bolulo. Ha ntoa ea lehae e ipha matla ka 1999, batho ba hakanyetsoang ho ba 1 700 000, ho kopanyelletsa le Lipaki tsa Jehova tse ngata, ba ile ba qobelloa ho baleha malapeng a bona. Hangata batho ba balehang ntoa ba lula le beng ka bona ba seng ba ntse ba le bangata ka matlong. Le hoja baholo ba le tlas’a khatello ea ho hlokomela malapa a bona, ba tsoela pele ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa barab’abo bona. Lipaki tsena li haelloa ke mantsoe a ho fetisa botebo ba kananelo ea tsona ho Bakreste-’moho le tsona Italy, Portugal le Afrika Boroa ba ileng ba arabela maqakabetsing a tsona ’me ba fana ka lik’hontheinara tse ngata tsa lijo, liaparo le meriana e neng e hlokahala haholo.
Mehlala e Phelang ea Tumelo
Joalokaha ho ne ho sebelisoa mocheso o matla haholo ho hloekisa khauta nakong ea boholo-holo, kahoo liteko tse mameletsoeng ke bahlanka ba Molimo li hlahisitse tumelo ea boleng bo lekiloeng. (Liprov. 17:3; 1 Pet. 1:6, 7) Lipaki tsa Jehova tse likete Angola, tse nyenyane le tse hōlileng, li na le tumelo ea boleng bo lekiloeng joalo.
Carlos Cadi, eo e bileng mosebeletsi oa nako e telele eo lilemong tse fetileng tse fetang 50 a ileng a ithuta linnete tsa bohlokoa tsa Bibele le João Mancoca, Belgian Congo, o re: “Boemo ba barab’abo rōna bo sebete le bo bontšang boikemisetso, ho kopanyelletsa le ba bangata ba ileng ba tela bophelo ba bona, bo fane ka bopaki bo matla. Sena ha sea bakoa feela ke liketso tsa bona empa se bakiloe hape ke ho bua ha bona ka sebete le ba bangata ba boholong.”
E mong ea ileng a fana ka bopaki bo joalo ke Antunes Tiago Paulo. O ile a tšoaroa ka sehlōhō ke banna ba neng ba batla ho felisa ho se nke lehlakore ha hae ha Bokreste. Kajeno, o sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele la Angola hammoho le ba bang ba ileng ba hlokofatsoa ka ho tšoanang: Justino César, Domingos Kambongolo, António Mufuma, David Missi le Miguel Neto. Alfredo Chimbaia, ea ileng a qeta lilemo tse ka holimo ho tse tšeletseng chankaneng, hona joale o sebeletsa le mosali oa hae, mosebetsing oa potoloho.
Morali e mong oabo rōna o ile a bona monna oa hae a nkoa ka mahahapa lapeng ’me a bolaoa ke morabe o loantšanang le morabe oa habo bona. O ile a lemosoa hore haeba a batla ho phela, o lokela ho balehela Democratic Republic of Congo. Ho ea moo o ne a lokela ho tsamaea ka maoto le bana ba hae ba bane. Ho ile ha ba nka likhoeli tse leshome. Pele a qala leeto, o ne a e-s’o hlokomele hore o imme, ’me o ile a beleha pele a fihla Congo. Leha ho le joalo, ka masoabi ngoana eo o ile a shoa. O ne a rapela kamehla. O re boemong bo joalo ha ho le ho putsoa pele, u lokela ho lahlela moroalo oa hao ho Jehova. (Pes. 55:22) Haeba u sa etse joalo, u tla ikutloela bohloko ebe ua botsa, “Jehova, ke hobane’ng ha ke hlaheloa ke lintho tsee?” Morali enoa oabo rōna o ile a ba motlotlo haholo hore ebe oa phela hoo ha a fihla Kinshasa, a ileng a nka bopula-maliboho bo thusang ka khoeli ea pele a le moo.
“Molimo ha a Lihlong ka Bona”
Seo moapostola Pauluse a ileng a se ngola ka banna le basali ba tumelo ba mehleng ea boholo-holo se hlalosa hantle bahlanka ba Jehova Angola. Mantsoe a hae a ka behoa ka tsela ena: ‘Ke eng hape eo re ka e buang? Etsoe re tla haelloa ke nako haeba re tsoela pele ho pheta ka mehlala eohle ea tumelo ea ba ileng ba phonyoha bohale ba sabole, ho tloha boemong ba ho fokola ba etsoa ba matla, ’me ba hlokofatsoa kahobane ba ke ke ba amohela ho lokolloa kahobane ba sekiselitse ka tsela e itseng. Ba ile ba amohela teko ea bona ka litšomo le lichapo, ho feta moo, ka litlamo le lichankana. Ba ile ba lekoa, ba ne ba le bohloking, ba le matšoenyehong, ba le tlas’a tšoaro e mpe; lefatše le ne le sa ba tšoanele.’ (Baheb. 11:32-38) Le hoja ba ne ba nyelisoa ke ba neng ba ba hlorisa, le hoja ba bangata ba phela bohloking ka lebaka la ntoa le moferefere, “Molimo ha a lihlong ka bona, hore ho ipiletsoe ho eena e le Molimo oa bona,” hobane ba boloka mahlo a bona a tsepame phethahatsong ea litšepiso tsa hae.—Baheb. 11:16.
Le hoja Lipaki tsa Jehova Angola li tsoela pele ho latsoa liphello tse bohloko tsa ho kalla ka matla ha banna ba lipere ba Tšenolo, li lemoha tlhohonolofatso ea Molimo ka matla. Selemong se fetileng, bahoeletsi ba fetang 40 000 naheng ena ba ile ba nehelana ka lihora tse ka holimo ho 10 000 000 ba bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka karolelano ba ne ba tšoarehile khoeli ka ’ngoe ba khannela batho ba thahasellang lithuto tsa lehae tsa Bibele tse fetang 83 000. Takatso e tiileng ea bahoeletsi ba ’Muso Angola ke ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be le monyetla oa ho khetha bophelo ba sebele boo Molimo a etsang hore bo be teng ka Jesu Kreste. ’Me, ho sa tsotellehe maemo a sa tsitsang naheng ena, ba ile ba thaba hakaakang ha ba ka holimo ho 181 000 ba kopana bakeng sa mokete oa selemo le selemo oa sehopotso oa Lijo tsa Shoalane tsa Morena! Ba hlokomela bopaki bo bongata ba hore masimo a ntse a soeufetse bakeng sa kotulo.—Joh. 4:35.
Hammoho le barab’abo tsona ba Bakreste lefatšeng ka bophara, Lipaki tsa Jehova Angola li kholisehile ka botlalo ka tlhōlo ea ho qetela ea Morena oa tsona oa leholimo le Moeta-pele, Jesu Kreste. (Pes. 45:1-4; Tšen. 6:2) Ho sa tsotellehe liteko tseo li tobanang le tsona, boikemisetso ba tsona ke ho ba bahlanka ba hae ba tšepahalang le Lipaki tse tšepahalang tsa Molimo oa tsona ea lerato, Jehova.—Pes. 45:17.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 68]
‘Le hoja boemo ba rōna nameng bo sa jese litheohelang, re phetse hantle moeeng. Ho etsahala hantle se boletsoeng esale pele ka Bibeleng.’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 73]
Ba ile ba ithuta Bibele eaba ba qala ho bolela. Ka potlako ba ile ba lelekeloa Angola.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 78]
“Ha ho letho le lebe leo u ka nketsang lona ho feta hore u mpolaee. Na u ka etsa ho fetang hoo? Empa nke ke ka furalla tumelo ea ka.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 82]
O ne a kholisehile hore o fumane ’nete. Empa o ne a e nka e le ea bohlokoa hakae?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 85]
Chankaneng ba ne ba pakela mabota ka taba leha e le efe ea Bibele e neng e fihla likelellong tsa bona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 89]
Matšoao a ntoa a ne a ba potolohile, empa ba ile ba hatela pele ka matla tšebeletsong ea bona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 91]
Balisa ba Bakreste kamehla ba ne ba fapohela ha ba e-ea mosebetsing leha ba khutla teng. Hangata ba ne ba bala mangolo a seng makae le lelapa.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 96]
“Ho lokile, ke tla re ‘Viva!’” E mong le e mong o ile a leta. Qetellong, moshanyana e monyenyane o ile a hoeletsa “Viva Jehova!”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 103]
“Ke ile ka tloha Angola ke ntse ke etsa thapelo ka pelong ’me mahlo a ka a sekile meokho ka lebaka la barab’abo rōna bao, le hoja ba utloa bohloko, ba bososelang ka lebaka la tšepo e hlollang eo ba nang le eona.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 108]
“O ne a fana ka puo ka ’ngoe lipuong tsa hae ka makhetlo a 7 ho isa ho a 21. Mosebetsi oa beke o ne o le mongata o bile o hloka tlhokomelo e ngata.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 111]
Sechabeng sena seo ho sona ho nang le monna eo e leng hlooho ea leloko, o ne a talingoa e le eena hlooho. O ile a tsejoa e le monna oa Molimo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 116]
Tlas’a khatello ea ho felisa ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste, ha lia ka tsa thekesela qetong ea tsona ea ho tsamaea litseleng tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 124]
“Re ile ra leboha Jehova hakaakang, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, le barab’abo rōna ba ratehang ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa barab’abo bona bao le ho ba tseba ba neng ba sa ba tsebe!”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 128]
Ho se nke lehlakore ho tiileng ha Lipaki tsa Jehova ho ne ho bonoa ke sechaba.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 138]
Ho na le liphutheho tse 696 empa ho na le Liholo tsa ’Muso tse 24 feela.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 81]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Atlantic Ocean
DEM. REP. OF CONGO
ANGOLA
Luanda
Malanje
Lobito
Benguela
Huambo
Lubango
Namibe
Baía dos Tigres
NAMIBIA
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]
[Litšoantšo tse leqepheng la 71]
Gray le Olga Smith
[Setšoantšo se leqepheng la 74]
John Cooke (bohareng), le João Mancoca (ka ho le letona) le Sala Filemon (ka ho le letšehali), ba neng ba le har’a ba pele ba ho emela borapeli ba ’nete ka tieo Angola
[Setšoantšo se leqepheng la 87]
Kopano e tletseng cheseho nakong ea ha ho e-na le tokoloho ea nakoana ka 1975
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Naha e sentsoeng ke ntoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 102]
“Kichine,” eo lijo tsa moea li neng li lokisetsoa ho eona
[Setšoantšo se leqepheng la 104]
Silvestre Simão
[Litšoantšo tse leqepheng la 123]
Afrika Boroa ho laeloa liphallelo tse eang Angola
[Setšoantšo se leqepheng la 126]
Ka holimo: Seboka se khethehileng le baholo le bo-pula-maliboho ba kamehla Luanda
[Setšoantšo se leqepheng la 126]
Douglas Guest (ka ho le letšehali) Angola ka 1991, le João le Maria Mancoca le Mário Oliveira
[Setšoantšo se leqepheng la 131]
Ofisi ea pele e neng e sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova Luanda
[Litšoantšo tse leqepheng la 134]
Kopano ea Setereke ea “Barorisi ba Thabileng” eo ho eona ho bileng teng ba 73 154 Luanda
[Setšoantšo se leqepheng la 139]
Marulelo a hlonngoeng a tšepe ao e leng e ’ngoe ea Liholo tsa ’Muso tse 24 Angola
[Setšoantšo se leqepheng la 140]
Komiti ea Lekala (ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona): João Mancoca, Steve Starycki, Silvestre Simão, Domingos Mateus, José Casimiro
[Setšoantšo se leqepheng la 140, 141]
Lelapa la Bethele la Angola ka 1996, ha lekala le thehoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 142]
Litho tse seng kae tsa lelapa la Bethele tse ileng tsa paka tumelo ea tsona tlas’a tšoaro e sehlōhō: (1) Antunes Tiago Paulo, (2) Domingos Kambongolo (3) Justino César
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
Carlos Cadi