Tlaleho ea Lefatše ka Bophara
Afrika
Seithuti se senyenyane Côte d’Ivoire se bitsoang Edith se ile sa fumana hore se il’o kolobetsoa ka letsatsi la litlhahlobo tsa sekolo. Ka sebete se ile sa kōpa tichere ea sona hore e se lumelle hore se se ke sa ngola tlhahlobo, ’me e ile ea lumela. Liithuti-’moho le sona li ile tsa se soma, tsa re ke Maria, ’m’a Jesu. Moshanyana e mong o ile a qabola bana ba sekolo ka hore a re se ile tlhōlisanong ea ho sesa, eseng ho ea kolobetsoa. Edith o ile a fa moshanyana enoa pampitšana e buang ka litumelo tsa Lipaki tsa Jehova.
Ha moshanyana enoa a qeta ho e bala, o ile a khaotsa ho mo soma ’me a bolela hore le eena o batla ho fetoha Paki. O ile a ithuta buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, ’me ho sa tsotellehe khanyetso e tsoang habo, o ile a kolobetsoa. Edith o thabetse hore ebe o ile a beha boinehelo ba hae ho Jehova pele bophelong ba hae ’me sena se thusitse e mong hore a etse se tšoanang.
Moromuoa oa Afrika Bophirimela oa tlaleha: “E ’ngoe ea litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova ke ho ba karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng o nang le botumo bo botle, esita le metseng e menyenyane ka ho fetisisa lefatšeng. Ke bone ha sena se bontšoa ka tsela e tsotehang mona Ghana, moo Lipaki tsa Jehova li tsejoang haholo li bileng li hlomphuoang. Re ne re isa lingoliloeng tsa khoeli liphuthehong tse ling libakeng tse ka thōko. Toropong e ’ngoe e nyenyane, ha rea ka ra fumana motho ea neng a tloaetse ho amohela lingoliloeng. Ke ile ka botsa moqhobi hore na re etse joang. O ile a ncheba, eaba oa bososela ’me o re: ‘U se ke ua khathatseha.’ Eaba o emisa teraka ’marakeng o nang le batho ba bangata, o ntša hlooho le fensetereng, ’me o bitsa e mong oa bananyana ba neng ba rekisa tlhapi pel’a tsela. O ile a fa ngoanana enoa lebokose la lingoliloeng eaba o re: ‘Ke kōpa hore u fe Lipaki tsa Jehova lebokose lena.’ Ngoanana enoa ha aa ka a bua letho, empa o ile a roala lebokose, a furalla, ’me a kenella har’a letšoele. Ha re e-ea toropong e ’ngoe, ke ile ka botsa moqhobi hore na ebe o tseba ngoanana eo. O ile a boela a bososela eaba o re: ‘Che, empa eena oa re tseba.’ Ke ne ke ipotsa hore na barab’abo rōna ba tla ke ba fumane lingoliloeng tseo. Empa ho ne ho sa hlokahale hore ke tšoenyehe. Ba ile ba li fumana hona letsatsing leo.”
Motseng oa Gbolobo, Liberia, barab’abo rōna ba ile ba ngolla morena oa motse lengolo, ba mo tsebisa hore ba rerile ho tšoara seboka sa bolumeli sa bohlokoa ka ho fetisisa selemong seo motseng oa hae. O ile a lumella barab’abo rōna hore ba sebelise lebala la papali ea bolo ea maoto sebakeng seo ’me a laela hore ho etsoe tsebiso likerekeng tsohle tse supileng tse sebakeng se pusong ea hae. Tsebiso ena e ne e memela batho hore ba be teng Sehopotsong. Sehlopha se seholo sa Lipaki se ile sa fihla motseng se tlil’o haha sethala bakeng sa Sehopotso bohareng ba lebala la papali ea bolo ea maoto. Li ne li sebetsa hammoho ka lerato le thabo. Taba ena e ile ea khahla baahi ba motse. Le hoja ho e-na le bahoeletsi ba bahlano feela Gbolobo, ho bile teng ba 636 Sehopotsong!
Moshanyana ea lilemo li leshome Rwanda ka leboea o ile a hlokomela pōli e nyenyane ho fihlela e tsoala lipotsanyane tse tharo. Morao tjena o ile a romela setšoantšo sa hae le pōli ena ofising ea lekala. Lengolong le tsamaeang le setšoantšo sena o ne a ngotse: “Jehova o ntlhohonolofalitse haholo, ke ka hona ke etsang monehelo ka pōli ena bakeng sa mosebetsi oa boboleli oa lefatšeng ka bophara o boletsoeng ho Matheu 24:14.” O ile a fa baholo ba phutheho pōli eo ’me a kōpa hore ba e rekise. Ba ile ba etsa joalo ’me ba fetisetsa chelete eo lekaleng.
Pula-maliboho e mong ea khethehileng Nigeria o ile a palama koloi ha mong’a eona a e emisa hore a mo palamise. Ha motho e mong ea palameng koloi eo a mo suthela hore a palame, moqhobi o ile a bona Molula-Qhooa letsohong la mor’abo rōna. O ile a re mor’abo rōna a theohe ka koloing. Moqhobi o ile a hana ho hlalosa lebaka leo a mo theolang ka lona, a mpa a re a theohe. Ha bo-mofeta-ka-tsela ba bona koloi e tsamaea e sa palamisa mor’abo rōna, ba ile ba mo bolella hore Molimo oa hae o mo pholositse. Ba ile ba re, “Koloi eno ke ea bakoeteli!” “Boitsebahatso” ba mor’abo rōna bo ile ba mo tlisetsa tšireletso ea Jehova.
Grant ke mohoeletsi ea lilemo li robeli Profinseng ea Copperbelt, Zambia. Ha e sa le ngoana e monyenyane, o ne a khona ho pheta lipale tse bonolo ka litšoantšo tse bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Batsoali ba Grant ba ile ba mo khothalletsa hore a tsebe ka hlooho likarolo tsa Bibele pele a ka tseba ho bala. Hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Grant o khanna lithuto tse ngata tsa Bibele, tse ling o li khanna ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ’me tse ling ka bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ka lebaka la cheseho ea hae, bana ba sebakeng sena ba re Grant ke shimapepo mukalamba, eo ka Secibemba e bolelang “moprista ea phahameng.”
Monna ea ileng a qala ho ithuta Bibele Senegal o ile a bala ka tlaleho e ho Tsoha! ea October 8, 1999, ea Paki ea Canada le morali oa eona e monyenyane ba ileng ba khutlisa R4 200 eo ba ileng ba e fumana mokotleng o kileng oa sebelisoa oo ba neng ba o rekile fantising. Nakoana ka mor’a ho bala sehlooho sena, monna enoa o ile a thola sepache seterateng, se tšetse likarete tse ngata tsa boitsebiso le chelete e fetang R5 000. O ile a nahana ka thata ka sehlooho seo a se balileng ’me o ile a hlobaela bosiung boo.
Hoseng ho hlahlamang ka hora ea borobeli, monna enoa o ile a letsetsa mong’a sepache thelefono ’me ba lumellana hore ba kopane hang-hang e le hore a khutlise sepache le chelete eohle e ka har’a sona. Mong’a sepache o ile a khahloa haholo ke botšepehi ba seithuti sena sa Bibele hoo a ileng a se fa halofo ea chelete e neng e le ka sepacheng—e leng R2 500! Seithuti sena sa Bibele se ile sa re, “Ka lebaka la makasine eo e le ’ngoe ea Tsoha! ke entse ntho eo ke tla ba motlotlo ka eona bophelo bohle ba ka!” Ho tloha ka nako eo, o ’nile a nka thuto ea hae ea Bibele ka botebo.
Naheng ea Afrika Bochabela ea Uganda, Kandole ea lilemo li 12 o ne a lula a khutsitse a mametse ka hloko ha ’mè oa hae a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Hamorao, ’mè oa hae o ile a felloa ke thahasello ea ho ithuta, empa moshanyana enoa o ne a hloloheloa ho utloa Lentsoe la Molimo ’me o ile a botsa hore na Lipaki li tšoarela liboka tsa tsona hokae. Sontaheng se latelang, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 11 ka maoto ho ea Holong ea ’Muso ’me ka mor’a moo o ne a e-ba teng kamehla. Mor’abo rōna oa pula-maliboho o ile a qala ho ithuta Bibele le Kandole, ea ileng a tsoela pele hantle ’me a kolobetsoa a le lilemo li 14. Hona joale o lilemo li 17 ’me haufinyane tjena e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla. Pakane ea hae ke hore e be pula-maliboho ea khethehileng. Qetellong ’mè oa hae o ile a qalella ho ithuta ’me hona joale ke morali’abo rōna ea kolobelitsoeng. Ha ho sa hlokahala hore Kandole a ee libokeng ka maoto. Hona joale o na le baesekele, ’me o palamisa ’mè oa hae ha ba ea Holong ea ’Muso.
Linaha Tsa Amerika
Márcio o ile a memeloa hore a sebeletse Bethele Brazil. O tsoa karolong e futsanehileng ea naha, ’me ke eena feela Paki habo. E le hore a fumane chelete ea ho palama bese ho ea Bethele, o ile a rekisa thepa ea hae, ’me ha a kopanya chelete eo a e fumaneng le chelete eo a e fuoeng ke Lipaki tsa habo, e ile ea mo lumella hore a nke leeto leo. Ka mor’a leeto la matsatsi a mararo, bese e ile ea emisoa ke masholu a hlometseng. Masholu a ile a phenyekolla thepa ea motho ka mong ’me a nka eng kapa eng eo a e batlang. Ha a bula mokotla oa Márcio, a ile a bona Bibele ea hae eaba a koala mokotla a sa nka letho. Ha bese e fihla toropong e latelang, bapalami ba ne ba lapile, empa bongata ba bona ba ne ba se na chelete ea ho reka lijo. Kaha masholu a ne a sa nka sepache sa Márcio, o ile a rekela bapalami ba bang lijo, ’me sena se ile sa fana ka bopaki bo boholo.
Osvaldo, ea neng a ithuta le Lipaki tsa Jehova Chile, o ile a fumana tsebiso mosebetsing e mo bolellang hore o lokela ho qala ho sebetsa ka Lisontaha. O ile a bolella mookameli oa hae hore konteraka ea hae e ne e le hore a sebetse ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano. Osvaldo o ile a phaella: “Ke sa tsoa nyala, ’me ho hlokahala hore ke qete nako e ngata le mosali oa ka. Ho feta moo, ke beheletse Lisontaha ka thōko bakeng sa hore ke etsetse Molimo se seng ka tsona.” Mookameli oa Osvaldo o ile a mo bolella hore o tla lelekoa mosebetsing bofelong ba khoeli. Ke Osvaldo feela ho basebetsi ba ka bang 3 000 ea neng a sa ee mosebetsing ka Lisontaha. Ho e-na le hoo, o ile a tsoela pele ho ea libokeng, a tšepile Jehova.
Kapele ka mor’a moo k’hamphani ena e ile ea eteloa ke manejara ea phahameng ea tsoang Fora. O ile a ema deskeng ea Osvaldo ’me a mo thoholetsa bakeng sa mosebetsi oa hae o motle. Manejara eo o ile a re: “Ke uena feela ea se nang lipapali tsa k’homphieutha mochineng oa hao, ’me u etsa mosebetsi o makhethe.” Osvaldo o ile a leboha, a ba a phaella ka hore haufinyana oa tloha k’hamphaning eo. Manejara o ile a botsa: “U fumane mosebetsi o molemo ho feta oo?” Osvaldo o ile a bolela hore ha aa fumana mosebetsi o molemo, ’me a hlalosa lebaka.
Matsatsi a seng makae hamorao o ile a amohela memo ea hore a be teng sebokeng le mookameli oa hae le manejara. Ho ne ho rena tsitsipano. Manejara o ile a re: “Osvaldo, u ke ke ua sebetsa ka Lisontaha, ebile u tla sebetsa seoelo ka Meqebelo. Hape u tla fuoa boikarabelo bo eketsehileng k’hamphaning ena.” Hona bekeng eo Osvaldo o ile a kolobetsoa. Hona joale ke pula-maliboho ea thusang le mosali oa hae.
Ecuador, mohlankana e mong ea kolobelitsoeng hona selemong sena, o ile a fumana kabelo ea hae ea pele ea puo ea liithuti ka holong e khōlō Holong ea ’Muso. O ile a nka ho fana ka puo e le tokelo e khōlō hoo a ileng a qala ho bokella chelete ea ho reka sutu e ncha. Ha a se a bokeletse R300, o ile a fumana hore morali e mong oabo rōna ka phuthehong ha a na chelete ea meriana. O ile a fa morali eo oabo rōna R300 eohle eo a e bolokileng, a re: “Jehova o tla ’ne a nthate ha ke fana ka puo ke apere sutu ea ka ea khale joalokaha a ne a tla nthata ha ke fana ka eona ke apere e ncha!”
Morali’abo rōna oa Guatemala o ne a etsa bopaki ba seterateng. O ile a bona monna ea lutseng monyako oa ntlo, empa o ile a nahana hore a se ke a mo bolella litaba tse molemo hobane ntlo eo e ne e oela tšimong ea phutheho e ’ngoe. O ile a feta empa a utloa ho e-na le se mo susumeletsang hore a bue le eena. Kahoo o ile a khutla eaba o bua le eena ka ’Muso oa Jehova. Monna eo o ile a mamela ka hloko. Eaba joale o re: “Kea u leboha ’Mè ha u buisane le ’na hobane ke emetse monna eo ke tlil’o mo bolaea ’me o tlil’o fihla ka 7:45 hoseng. Ke ne ke mo isa lebitleng, ’me ’na ke ne ke ea teronkong! Kea tseba hore ha ua itlisa mona; u ronngoe ke Molimo e le hore ke tle ke tsebe lerato la hae. Hona joale ke khutlela ka tlung e le hore ke se ke ka etsa tlōlo ena ea molao. E se eka Molimo a ka u hlohonolofatsa!”
Ka December 2000 le ka January 2001, ofisi ea lekala Colombia e ile ea hlophisa phutuho ea ho bolela masimong a ka thōko. Lipaki naheng ena li ile tsa khothalletsoa hore li fallele masimong ao ka beke e le ’ngoe ho isa ho likhoeli tse peli ho itšetlehile ka maemo a tsona, bakeng sa ho bolela le ho hlaolela thahasello.
E le ha a batla ho ba le seabo, morali’abo rōna e monyenyane oa Bogotá o ile a ea toropong ea Guasca. Likhoeli tse peli tseo a ileng a li qeta moo li ile tsa mo thabisa hoo a ileng a kōpa Jehova hore a mo thuse hore a fumane mosebetsi e le hore a se ke a tloha moo. O ile a reka likokonate, a etsa likuku tsa likokonate, eaba o li rekisa literateng le mabenkeleng. Ho phaella moo, o ile a fumana mosebetsi oa ho hlatsoa le ho aena liaparo a ba a ithuta le ho hama likhomo. Ka tsela eo o khonne ho iphelisa ’me o ile a tsoela pele ho sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla Guasca. O khanna lithuto tsa Bibele tse 25.
Mong’a ntlo o ile a bolella morali’abo rōna oa Jamaica hore ha ho motho ea ka khonang ho mo kholisa hore a fetohe Paki. Morali’abo rōna o ile a hlalosa hore lebaka leo a mo etetseng ka lona ke ho mo bolella molaetsa oa Bibele, ho kopanyelletsa le tšepo ea bophelo bo sa feleng. Ha ba ntse ba buisana, morali’abo rōna o ile a hlokomela hore mosali enoa o hlompha Bibele haholo. Hape o ile a hlokomela hore khanyetso e matla ea mosali enoa lintlheng tse ling e ka hlōloa ka ho bala mangolo a amanang le tsona ka Bibeleng. Sena se ile sa susumelletsa morali’abo rōna hore a sebelise Bibele haholo ha a etetse motho enoa le hamorao ha a se a khanna thuto ea Bibele. Ka mor’a moo, seithuti sena sa Bibele se ile sa qala ho ba teng libokeng ’me sa fetoha ntho eo qalong se neng se itse se ke ke sa e-ba eona le ka mohla—e leng ho ba Paki ea Jehova e inehetseng le e kolobelitsoeng.
Carol, morali’abo rōna oa Bolivia, o ile a ithuta le monna le mosali oa hae. Ba ne ba lula ha ’mè oa monna, ’me e ne e le Mok’hatholike oa popota eo ho seng mohla a neng a sa ee ’Miseng kapa liketsahalong tsa bolumeli. Ntlo e ne e khabisitsoe ka litšoantšo, ’me setšoantšo ka seng se ne se e-na le kerese e tukang ka pel’a sona. Ka letsatsi le leng nakong ea thuto, ’mè enoa o ile a itšohlometsa ka tlung, a tšoere Bibele ea K’hatholike, eaba o botsa Carol: “Ke hokae moo ho thoeng Maria o ne a e-na le bana ba bang?” Carol o ile a mo bontša Matheu 12:46-50 le 13:55. ’Mè enoa o ile a tsoa ka tlung a soabile. Metsotso hamorao o ile a khutla a hatela holimo a tšoere Bibele e ’ngoe e khōlō e molomo oa khauta e nang le litšoantšo. O ile a boela a tsoa ha a qeta ho balloa litemana tse tšoanang. Ka potlako o ile a kena a tšoere Bibele e ’ngoe hape, empa litemana tsa eona li ne li tšoana le tsa tse ling. O ile a koaleha molomo.
Libekeng tse latelang, o ile a ’na a emisa thuto hangata. O ne a botsa lipotso empa qetellong o ile a nolofala. O ne a thahasellisoa ke likarabo tseo a li fumanang. Ka potlako o ile a lumela hore a khanneloe thuto ea Bibele a le mong. Cheseho eo a neng a e-na le eona pele bakeng sa Bok’hatholike e ile ea fetoha cheseho bakeng sa borapeli ba ’nete. O ile a qala ho tlisa metsoalle ea hae Holong ea ’Muso ’me hamorao a kolobetsoa.
Asia le Bochabela bo Hare
Gary, ea lulang Sri Lanka, o ile a fa monna oa Mok’hatholike le mosali oa hae oa Mobuddha bukana ea U ka ba Motsoalle oa Molimo! Mosali enoa o ile a hatisa hore ke monna oa hae feela ea ka batlang ho tseba ho eketsehileng ka Bibele. Leha ho le joalo, ha Gary a ba etetse hape, o ile a bolela hore le eena o thahasella ho tseba hore na e ka ba motsoalle oa Molimo joang. Bekeng e latelang ho ile ha qalisoa thuto ka bukana ena, ’me banyalani bana ba ile ba kōpa Bibele. Mosali o ile a re: “Ke nahana hore re hloka Bibele e le hore re be metsoalle ea Molimo.”
Ha ba ithuta thuto ea 3 bukaneng ea Motsoalle oa Molimo, mosali o ne a se a thahasella thuto haholo. Bosiung boo ho ile ha kenella motho e mong thutong—mohlankana ea neng a hirile ha bona. Matsatsi a seng makae pele ba ithuta ka lekhetlo la bone, Gary o ile a ba tlisetsa Bibele. Ka potlako ba ile ba e beha tafoleng hammoho le libukana tsa bona. Bosiung ba thuto ea bona ea bone, ka motlotlo ba ile ba nanabela Bibele e neng e kentsoe likhoele tse ngata tse putsoa. Monna o ile a re: “Re lokiselitse hantle.” Ba ne ba phetlile mangolo ’ohle a boletsoeng thutong ’me ba ne ba kentse khoele e putsoa ho tšoaea leqephe leo temana ka ’ngoe e hlahang ho lona.
Rowena, eo e leng ’mè ea se nang molekane ea lilemo tse ka holimonyana ho 20 ea lulang Philippines, o ile a thahasella ’nete. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena, ’me ka potlako o ile a qala ho ea libokeng. Leha ho le joalo, ka lebaka la mathata a lichelete, o ile a qobelloa ho tloha ha habo ho ea batla mosebetsi motseng o hōle. Ha a le moo o ile a sebetsa lelapeng la Mak’hatholike a popota a etsa mesebetsi ea lelapa. O ile a kōpa hore ba mo bontše hore na Holo ea ’Muso e haufinyane motseng moo e hokae, empa lelapa lena le ne le sa batle ho mo thusa hore a fumane Lipaki.
Ho ile ha feta likhoeli tse ngata, ’me Rowena o ile a rapela Jehova ka matla hore a mo lumelle hore a kopane le Lipaki ’me a tsoele pele ka thuto ea hae ea Bibele. Hoseng ho hong thelefono e ile ea lla, eaba oa e araba. Motho ea letsitseng o ile a re: “Lumela, na moo ke Holong ea ’Muso?”
Ka potlako Rowena o ile a araba: “Ke ntse ke batla Holo ea ’Muso. Na u ka nthusa ho e fumana?” Ba ile ba etsa litokisetso. Rowena o ile a tsosolosa thuto ea hae ea Bibele ’me hona joale o kolobelitsoe.
Ngoanana ea lilemo li 12 o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Russia lengolo. O ile a ngola: “Ke ngoanana oa mofutsana. Ke lula Tyumen, Siberia. Hase khale haholo motsaneng oa heso o thōko ho libaka tse ling, ha ka lekhetlo la pele re fumana makasine ea Molula-Qhooa. Ke ile ka e bona laebraring ea sekolo sa rōna. Ke ile ka rera ho ea ka eona lapeng ho ea e bala. Makasine ena e nthutile lintho tse ngata tse ncha le tse thahasellisang. Ho ile ha nthabisa haholo ho sheba litšoantšo feela. Ke thabela ho fumana boitsebiso bo eketsehileng. Ke rata ho ithuta buka ea Tšenolo le Bibele, ’me nka thabela ho ithuta ho eketsehileng ka mokhatlo oa lōna.” Ho entsoe litokisetso tsa hore a thusoe.
Ha Lipaki tse peli li ntse li ea ka ntlo le ntlo Lebanone, li ile tsa fihla lapeng le leng. Ha li qeta ho kokota, li ile tsa hlokomela tsebiso e bolelang hore Lipaki tsa Jehova ha li amoheloe. Monna e mong o ile a hlaha monyako. Baralib’abo rōna ba ile ba qoqa le eena, ’me o ile a ba mema hore ba kene ka tlung. Ha a fumana hore ke Lipaki, o ile a ba botsa hore na ba balile tsebiso e monyako. Ba ile ba re: “E, empa re e balile re se re kokotile.” O ile a bolela hore ntlo eo ke ea batsoali ba hae, ba sa rateng Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, o ile a batla ho tseba ho eketsehileng ’me o ile a thahasella haholo-holo ka lebaka la litsebiso tse menyako, tse neng li le ngata sebakeng seo.
Baralib’abo rōna ba ile ba lokisetsa hore ba etele monna eo ha hae. Ba ile ba qalisa thuto ea Bibele le eena le mosali oa hae, ’me ka potlako ba ile ba qala ho ea libokeng le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Monna o re oa qala ho phetla Bibele, ’me Lipaki li mo thusitse hore a e bale a be a e utloisise.
Morali’abo rōna ea nang le salune Korea o beha Bibele le lingoliloeng tse ling tse hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova moo batho ba li bonang. O tloaetse ho bapala k’hasete ea buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Ha mosali e mong a qeta ho utloa k’hasete ena, o ile a e kōpa, ’me ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena. Le mosali oa moruti o ile a botsa ka k’hasete eo, a bolela hore kerekeng ea hae ha a e-s’o utloe lintho tse susumetsang motho ho nahana ka ho teba joalo. Le eena o ile a kōpa lik’hasete eaba o qala ho ithuta le Lipaki. Ka lebaka la lingoliloeng tsena tse behiloeng moo li bonoang, le Mobuddha o ile a thahasella ’me hona joale o ithuta Bibele. E le hore a tle a hlokomele litlhoko tsa moea tsa bao a neng a buisane le bona bopaking bo sa reroang, morali’abo rōna e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla.
Banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng Malaysia ba ile ba pakela monna ea neng a tsamaea tseleng. Monna eo o ne a e-na le lipotso tse ngata, kahoo o ile a mema banyalani bana hore ba ee ha hae. Ba ile ba tsamaea le eena ’me ba ba le moqoqo o thahasellisang. Ha ba se ba tsamaea ba e-ea Thutong ea Buka ea Phutheho, ba ile ba mo mema hore a tle le bona, ’me o ile a etsa joalo. O ile a thabela seboka seo. Ka mor’a seboka seo, ba ile ba mo fa bukana ea Seo a se Hlokang eaba ba etsa litokisetso tsa ho mo etela letsatsing le hlahlamang. Ha ba fihla, o ile a ba bolella hore ka mor’a seboka bosiung bo fetileng, o ile a ea hae eaba oa bala le ho rapela ho fihlela ka 4:00 ka matjeke.
Monna enoa e ne e le moruti oa kereke ea Bokreste-’mōtoana. Le hoja a ne a qetile lilemo tse ngata likolong tsa boruti, o ne a sitoa ho utloisisa Boraro-bo-bong. Bukana ea Seo a se Hlokang e ne e mo bontšitse litemana tsa Bibele tse senolang ’nete ka thuto ena eo e seng ea Mangolo. A thabetse ho tseba hore na hantle-ntle Molimo ke mang, o ile a re ho banyalani bana: “Ha ke sa lumela Boraro-bo-bong.” Ho tloha ka nako eo, o ile a hana ho ruta kerekeng ea habo. Ho e-na le hoo, o ile a ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova.
Monna enoa o ile a ithuta lingoliloeng tsa Bibele tseo a li fumaneng ho Lipaki ’me a bapisa seo a ithutang sona le seo a ithutileng sona sekolong sa boruti. Ka mor’a libeke tse peli, o ile a etsa qeto ea ho fetola mokhoa oohle oa hae oa bophelo. O ne a tsoa India a tlil’o ntšetsa pele lithuto tsa boruti Kolecheng ea Trinity, Singapore. Leha ho le joalo, o ile a re: “Ke sa tla ea joang kolecheng eo? Le lebitso la eona feela ke Trinity [Boraro-bo-bong]!” O ile khutlela ha habo, a labalabela ho kopana le Lipaki tsa moo. Ka pelo e tletseng teboho o ile a re: “Ke fumane ’nete!”
Morali e mong oabo rōna eo e leng letsoalloa la Kazakhstan, o ne a tšaba ho bolella matsoalloa a mang a Kazakhstan litaba tse molemo. Ha a qala ho bula maliboho, o ne a sebetsa tšimo eo ho eona ho neng ho lula batho ba merabe e meng. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng ha a le tšimong ea hae, o ile a kopana le mosali oa Kazakhstan. O ile a mo fa Tsoha!, ’me mosali eo o ile a e amohela. Ho ile ha feta libeke tse peli pele morali’abo rōna a iteta sebete ho etsa leeto la ho boela. O ile a makala ha a fumana hore mosali eo o halefetse hore ebe o liehile ho tla. Mosali enoa o ile a hula morali’abo rōna, a mo kenya foleteng ea hae, eaba o mo bontša buka ea Tsebo, ’me o re: “A re ithute Bibele!” Ka mor’a nako e itseng mosali enoa hammoho le mora oa hae e moholo ba ile ba kolobetsoa kopanong ea potoloho. Joale le mora oa hae e monyenyane ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me morali oa hae, motsoala oa hae, le mora oa abuti oa hae ba ithuta Bibele.
Pula-maliboho ea khethehileng oa naheng e ’ngoe ea Bochabela bo Hare o ile a buisana le monna ea bitsoang Monghali John ea neng a batla ho tsosolosa peeletso ea hae ea Molula-Qhooa le Tsoha! Monghali John o ile a hlalosa hore ntat’ae-moholo ea lulang India, e se e bile Paki ka nako e telele. Monghali John o ne a e-ea libokeng tsa Bokreste ha a le India empa o ne a se a tlohile moo ka lilemo tse 19. O ne a sa tsebe hore na a ka kopana le Lipaki tsa sebaka sena seo a leng ho sona joang.
Ha pula-maliboho e mo khothaletsa hore a ee libokeng, Monghali John o ile a re o tšoara seboka ka tlung ea hae ka eona nako eo, a ba a phaella ka hore seboka seo e ne e le “bakeng sa ho ithuta Bibele le ho rapela.” A sebelisa Molula-Qhooa le buka ea Tsebo, Monghali John o ne a ithuta Bibele le Maindia a habo a 25. Ba ne ba se ba tšoere liboka tsa beke le beke ka lilemo tse ’maloa. Ka nako e tšoanang, sehlopha sa Senyesemane sebakeng sena se na le bahoeletsi ba 12 feela. Ho ile ha eteloa sehlopha sena sa Maindia, ’me ho nkoa mehato ea ho hlokomela ba thahasellang moeeng.
Ngoanana e mong o ne a lula lehaeng la likhutsana le hlokometsoeng ke baithaopi ba Makorea, Nepal. Ha a ntse a ithuta sekolong sa likhutsana, tichere e ’ngoe e ile ea bolela hore e fumane “Bakreste ba ’nete.” Kamehla khutsana ena e ne e lumela hore ke Mokreste oa ’nete. Kaha batho ba tsamaisang lehae la likhutsana ba ne ba ipolela hore le bona ke Bakreste, o ile a ipotsa lipotso ka polelo ena. E le hore a ka fumana likarabo tsa lipotso tsa hae o ile a batla ho kopana le ‘Bakreste bana ba ’nete.’ Ho ile ha fumaneha hore tichere ea hae e ne e ithuta le Lipaki tsa Jehova ’me e e-ba teng libokeng kamehla. Ngoanana enoa o ile a buisana le tichere ea hae ’me a ea libokeng le eona. Ngoanana enoa o ile a khahloa haholo ke seo a se boneng hoo hang-hang a ileng a amohela thuto ea Bibele. O ile a hatela pele ka potlako ’me a kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse ’nè. Ha a qeta ho kolobetsoa, o ile a qala bopula-maliboho bo thusang.
Europe
Selemo le selemo London, Engelane, ho etsoa pontšo bakeng sa ho fana ka boitsebiso ho litholo. Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa lephephe le nang le Libibele le lingoliloeng, li bile li bontša video ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka Puo ea Matsoho ea Brithani. A thabetse ho bona lephephe leo, mosali e mong oa setholo o ile a atamela a bolela hore o batlile Lipaki tsa litholo hohle. O ile a hlalosa hore Paki ea setholo e ne e atisa ho bua le eena ha a sa lula Mongolia. Leha ho le joalo, e bile ka mor’a lefu la ntat’ae a ileng a ananela bohlokoa ba tšepo ea tsoho ’me a qala ho ithuta Bibele. O ile a fallela Engelane ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, ’me le hoja a ile a fumana Holo ea ’Muso, o ne a sa utloisise seboka ’me haa ka a bolela hore ke setholo. O ile a rapela Jehova hore a mo thuse hore a fumane Lipaki tsa Jehova tsa litholo, ’me o li fumane. Hona joale eena le morali oa hae ba ithuta Bibele ’me ba ba teng libokeng tsa puo ea matsoho.
Andreia, Paki e lilemo li robeli Portugal, o ile a bona hore ngoana eo ba kenang sekolo le eena o utloile bohloko hobane batsoali ba hae ba arohane. Matsatsi a seng makae hamorao, Andreia o ile a fumana Tsoha! ea January 8, 2001, e neng e e-na le letoto la lihlooho, “Na re ka Pholosa Lenyalo la Rōna?” Ka thabo, o ile a hlalosetsa ’mè oa hae hore lihlooho tseo li ka ba molemo ho batsoali ba ngoana eo a kenang sekolo le eena. Joale Andreia o ile a lokisetsa hore makasine e ’ngoe e romeloe ho ntate oa ngoana eo ’me makasine e ’ngoe e romeloe ho ’mè oa hae.
Nakoana ka mor’a moo, ngoana ea kenang sekolo le Andreia o ile a re ho eena: “Batsoali ba ka ba lula hammoho hape, ’me Ntate o itse ke u bolelle hore joale re ’moho ka lebaka la makasine eo u ileng ua re fa eona!” Ka mor’a moo, Andreia o ile a fa lelapa lena buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Hona joale ’mè oa Andreia o khanna thuto ea Bibele le ’mè oa ngoana eo.
Ha Lipaki tse peli li le tšebeletsong ea tšimo Italy, li ile tsa kopana le monna-moholo e mong eaba li mo fa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Monna eo o ile a bolela hore ha a tsebe ho bala. O ile a hlalosa hore o qalile ho alosa linku a le lilemo li supileng. Ka mor’a moo, o ile a phela lithabeng ka lilemo tse 15, a iphelela le linku feela. O ne a e-s’o ka a e-ea sekolong. Ha a ntse a alositse linku tsa hae, o ne a ee a rapele ka matla hore a lumelloe hore a tsebe Molimo hamolemo. O ile a re ho barab’abo rōna ba neng ba mo etetse: “Hoja ke ne nka khona ho bala limakasine tsa lōna, litoro tsa ka li ne li tla phethahala.”
Mora e mong oabo rōna o ile a re: “Nako e sa le teng ea hore u ithute ho bala.” Letsatsing le hlahlamang, molisa oa linku o ile a ea Holong ea ’Muso. Ka thuso ea Lipaki, o ile a ithuta ho bala le ho ngola. Kajeno, monna-moholo enoa ke sebali sa kamehla sa Bibele le mohoeletsi ea mahlahahlaha oa litaba tse molemo.
Greenland, eo ho buuoang ka eona mona ha ho buuoa ka Europe, ke sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa lefatšeng, le hoja kakaretso ea baahi e ka ba feela 56 000. Naheng ena ho na le liphutheho tse supileng, ’me tse ling li nyenyane haholo.
Harald ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang ea lilemo li 15 ea leng ho e ’ngoe ea liphutheho tsena. Ha sehlopha sa hae sekolong se nka leeto la ho ithuta, Harald ha aa ka a tsamaea le sona. Ho e-na le hoo, o ile a ea sehlopheng se seng, moo liithuti li neng li abetsoe ho bua ka malumeli a tsona. Le hoja li ne li filoe likhoeli tse ka bang peli hore li itokise, ke liithuti tse ’maloa tse ileng tsa bua ’me li ile tsa bua ka metsotso e seng mekae feela. Kaha ho ne ho ntse ho setse metsotso e mashome a mararo, tichere e ile ea botsa: “Re tla sebelisa nako ee e setseng joang?” Harald—oa moeti—o ile a phahamisa letsoho ’me a bolela hore a ka thabela ho ba bolella ka bolumeli ba hae.
Tichere e ile ea re: “Na u tla khona? Ha ua ba le nako e lekaneng ea ho lokisetsa.” Harald o ile a bolela hore o itokisitse, ’me o ile a tsoela pele ho fana ka bopaki bo botle ho sehlopha seo. Ha tichere ea sehlopha sa Harald e tseba hore na o entse’ng, e ile ea kōpa hore Harald a bue sehlopheng sa habo. Lekhetlong lena o ile a fuoa beke hore a itokise. O ile a tla le lingoliloeng tse ling tsa Bibele tseo a ileng a li bontša bana bao a kenang sekolo le bona hammoho le tichere ea hae.
Pia, ea lulang Denmark, o ne a batla hore lesea la hae le sa tsoa tsoaloa le kolobetsoe kerekeng. Monna oa hae o ne a sa lumele kolobetsong ea masea, kahoo ba ile ba pheha khang ka taba ena. Qetellong, ba ile ba etsa qeto ea ho tšohla taba eo le moruti oa bona. Moruti o ile a ba bolella hore kolobetso ea masea ha e lumellane le Mangolo. Pia o ile a halefela kereke ea habo le baruti ba eona hobane ka lilemo tse 32 o ’nile a rutoa hore a lumele ntho e fosahetseng. O ile a tlohela khopolo ea hore ngoana a kolobetsoe eaba o etsa qeto ea ho ipalla Bibele ka boeena le ho iphumanela se nepahetseng le se fosahetseng.
Ka May 2000, Paki e ile ea etela Pia, ’me o ile a amohela thuto ea Bibele. Ka mor’a ho ea kopanong ea setereke, o ile a re: “Ha ke e-s’o utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe, empa hona joale kea tseba hore Kereke ea Sechaba ha e na ’nete.” Hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me o tsoela pele ka potlako ho ea kolobetsong.
Mor’abo rōna oa Slovenia o ne a phomotse serapeng sa boikhathollo le mora oa hae ha a bona seithuti sa ngoanana se ikarola sehlopheng sa liithuti tse ling. O ile a qala moqoqo le sona ka lintho tsa moea. Hamorao, mor’abo rōna le mosali oa hae ba ile ba qala thuto ea Bibele le seithuti sena seo lebitso la sona e leng Silvia. Se ile sa tla le mohlankana oa sona thutong ea Bibele, ’me hona joale le eena o ithuta Bibele. Silvia o ile a bua ka ’nete ho ’mè oa hae, eo le eena a ileng a qala ho ithuta. Hona joale ka boraro ba bona ba ba teng kamehla libokeng Holong ea ’Muso. Silvia ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ho thahasellisang ke hore Silvia o sa hopola hore ka letsatsi leo ka lona a ileng a kopana le mor’abo rōna serapeng sa boikhathollo, o ne a ile a rapela Molimo hore a mo thuse hore a utloisise hore na ke hobane’ng ha lefatše le se na morero hakana.
Lilemong tsa morao tjena, bajaki ba Amerika Boroa le Bohareng ba tlile Spain ka bongata. Morali’abo rōna oa pula-maliboho ea neng a bolela ka ntlo le ntlo o ile a pakela mofumahali e mong oa Colombia. Mofumahali enoa o ile a mamela ka hloko ’me a lumela hore a be le thuto ea Bibele. Ketelong e hlahlamang, morali’abo rōna oa pula-maliboho o ile a ithaopela ho ba le thuto ea Bibele le ba bang ba neng ba lula foleteng eo. Ba bangata ba ile ba lumela. Kaha batho ba lulang foleteng eo ba ne ba atisa ho falla, morali’abo rōna o ile a pakela motho e mong le e mong eo a mo bonang. Ho fihlela joale o qalile lithuto tse 20 tsa Bibele. Batho ba bang bao a ithutang le bona ba falletse, ’me ha ho tsejoe hore na ba ntse ba ithuta. Leha ho le joalo, hona joale o khanna lithuto tse leshome kamehla, ’me liithuti tse ling li se li e-ba teng libokeng.
Le hoja a ’nile a mamela molaetsa oa ’Muso ka lilemo tse fetileng tse 40, mosali e mong oa Kreta ea lilemo li 82 e sa tsoa ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Thahasello ea botho eo a e bontšitsoeng ke morali’abo rōna oa pula-maliboho ea khethehileng e ile ea mo susumelletsa hore a qale ho tsoela pele, ’me o ile a kolobetsoa.
Ka potlako ba bang lelapeng la hae ba ile ba latela mohlala oa hae. Monna oa mosali enoa ea hōlileng ea lilemo li 86, ea ’nileng a tsuba ka lilemo tse 60, o ile a qala ho ithuta Bibele, a khaotsa ho tsuba ’me a fetoha mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Le morali oa banyalani bana ea lilemo li 55 o tsoela pele hantle thutong ea hae. O ba teng libokeng ’me o khaolitse ho tsuba. Qetellong, e mong oa litloho-tloholoana tsa banyalani bana o ile a qala ho ithuta Bibele ’me o boletse hore o rata ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
Ha morali’abo rōna oa moromuoa a ntse a paka foleteng e pel’a eo a lulang ho eona Estonia, o ile a kopana le mosali ea ileng a botsa morali’abo rōna hore na ebe o nyetsoe ke monna ea molemo. Morali’abo rōna o ile a lumela. Joale mosali eo o ile a mo botsa hore na o lula hokae. Morali’abo rōna o ile a re o lula foleteng e pel’a eo. Eaba mosali enoa oa thaba ’me o re: “Oh, ho cho hore ke uena—e tlameha ebe ke uena. Akere u atisa ho jella foranteng?”
Morali’abo rōna o ile a araba: “E, le monna oa ka.”
Mosali enoa o ile a re: “Ke tloaetse ho le sheba. Monna oa hao o apara foreskoto ’me hangata ke eena ea ngoathellang. Ruri kea bona hore ho na le thabo lenyalong la lōna! Ha ke khone ho le bona ha ke le foleteng ea ka, empa kamehla ke ea foranteng ea motsoalle oa ka hore ke le shebe. Re hlokomela hore le rapela kamehla pele le qala ho ja. Ke ntho e ntle haholo ha motho a e shebeletse. Ke kōpa hore u kene ka tlung.” Ho tloha ka nako eo, mofumahali enoa ke leeto la kamehla la ho boela.
Oceania
Sebaka sena sa lefatše se akarelletsa lihlekehleke tsa Leoatle la Pacific tse ka boroa, bophirimela le bohareng, ho kopanyelletsa Melanesia, Micronesia le Polynesia. Australia, New Zealand, Malay Archipelago le Lihlekehleke tsa Hawaii le tsona li kopanyelelitsoe tlalehong ena.
Ka letsatsi le leng baralib’abo rōna ba babeli ba New Zealand ba ile ba bona mosali ea sebetsang jareteng ea hae. Ba ile ba mo thusa ho fothola lehlaka. A makaletse mosa oa bona, o ile a ba fa kofi ’me ba ile ba mo pakela. O ile a ngolla koranteng ea sebaka seo a pheta se etsahetseng. Koranta eo e ile ea buisana le phutheho ho ba tsebisa hore ba ikhapetse lipalesa tse ntle ka mosa oa bona.
Koranteng eo ho ne ho ngotsoe sena: “Ha Lipaki tsa Jehova li fothola lehlaka le tšoenyang la mohlolohali, li mpile tsa etsa seo li se tloaetseng—li ile tsa thusa motho ea bothateng. Mosa oa tsona o ile oa mo thabisa haholo letsatsing leo. Motho eo o ile a thaba hoo a bileng a re bolella sena sohle. Pale ena e ile ea khethoa hore e hape lipalesa tsa August. Re tšepa hore lipalesa tsena li tla ba thabisa joalokaha mosa oa bona o tlisitse thabo.”
Sehlekehlekeng se seng sa Vanuatu, bo-pula-maliboho ba babeli ba ile ba pakela ngoananyana e mong ea sebetsang lebenkeleng. O ile a amohela bukana ea Seo a se Hlokang le thuto ea Bibele. Ntat’ae o ne a hanyetsa haholo ’me o ne a sa batle hore morali oa hae a ithute le Lipaki. O ile a senya lingoliloeng tsa hae tsa Bibele, a mo otla habohloko ’me qetellong a mo leleka lapeng. Ho sa le joalo, ngoanana enoa o ile a hōla tsebong, a ba teng libokeng ’me a hlaolela litholoana tsa moea. (Bagal. 5:22, 23) Qetellong tlhompho ea hae e ile ea khahla ntat’ae, ea ileng a nolofala ’me a re a khutlele lapeng. O ile a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me a ea kopanong ea potoloho ka lekhetlo la pele sehlekehlekeng se haufi sa Santo. Ha a botsoa hore na o fumane chelete ea leeto hokae, o ile a araba ka pososelo: “Ntate o ntheketse tekete.”
Clarence ke monna ea nang le botsoalle ea neng a tloaetse ho nka limakasine neng le neng ha bahoeletsi ba fihla ha hae Hawaii. Pula-maliboho ea ileng a kopana le eena ka letsatsi le leng o ile a hlokomela hore Clarence o na le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ’me o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le eena. Clarence o ile a lumela hang-hang, a bolela hore o ’nile a batla ho ithuta Bibele. Clarence o ne a lokisetsa hantle bakeng sa thuto ea hae ea Bibele ’me ka potlako o ile a qala ho ba teng libokeng.
Empa ho ne ho hlokahala hore Clarence a etse liphetoho tse itseng. Kaha e ne e le lesole Ntoeng ea II ea Lefatše, o ne a le motlotlo ho macha le ba bang bao e kileng ea e-ba masole ha ho e-na le lipontšo ka matsatsi a phomolo. Joale, ka Keresemese o ne a ithaopela ho letsa tšepe moo batho ba tšelang monehelo ka teng bakeng sa Salvation Army. Ho ile ha nka nako e telele pele a hlokomela hore na ho se be karolo ea lefatše la Satane ho bolela eng. Leha ho le joalo, qetellong o ile a tšoaneleha ho kopanela tšebeletsong.
Clarence o ile a kolobetsoa a le lilemo li 85 ’me o tsoela pele ho ba mafolofolo tšebeletsong. O fana ka lipuo tsa liithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Morao tjena, o ithutile ho sebelisa k’homphieutha e le hore a ka etsa lipatlisiso a sebelisa Watchtower Library e ho CD-ROM. Ka kholiseho, Clarence o ile a re: “Ha ho letho le ka mphurallisang ho sebeletsa Jehova kaha joale ke fumane ’nete.”
Ha morali e mong oabo rōna a etsa bopaki ka thelefono Australia, o ile a kōpa monna e mong hore a behelle ka thōko metsotso e 15 ka beke hore ba buisane ka Bibele. Monna eo o ile a re a ke ke a khona ho etsa joalo. Morali’abo rōna o ile a botsa: “Metsotso e mehlano e joang?” O ile a lumela ka lekhonono. Bekeng e latelang, ba ile ba qala ho ba le thuto ea metsotso e mehlano. Ka potlako o ile a qala ho botsa lipotso tse nahannoeng ka hloko. Kaha morali’abo rōna o ne a etsa hore thuto e nke metsotso e mehlano feela, o ne a ee a re: “Ena ke potso e ntle, empa nako ea rōna e felile, kahoo re tla bua ka eona thutong e tlang. U sale hantle.”
Ha monna eo a botsa hore na a ka tseba bolumeli ba ’nete joang, potso eo ke eona eo ba ileng ba e tšohla thutong e latelang. Ka mor’a thuto eo, o ile a re: “E tlameha ebe Lipaki tsa Jehova li na le bolumeli ba ’nete, empa ke sitoa ho lumela le ho sokoloha. Ke nahana hore ho hlokahala hore ke rue tsebo e eketsehileng.” Ha thahasello ea hae e eketseha, nako ea thuto e ile ea eketseha butle-butle ho tloha ho metsotso e 5 ho ea ho metsotso e 30.
Ka mor’a hore ba qete bukana ea Seo a se Hlokang, morali’abo rōna o ile a botsa monna eo hore na ebe eena le monna oa hae ba ka kopana le eena ha hae ho ea tšohla seo a seng a ithutile sona ho fihlela mothating oo. O ile a lumela. Ba ile ba mo etela, ba hlalosa kamoo ba thabileng kateng ha ba fumane tokelo ea ho mo thusa likhoeling tse fetileng tse tšeletseng ’me ba mo khothalletsa hore a tsoele pele. Hona joale monna oa morali enoa oabo rōna o ea lapeng la seithuti sena beke le beke ho ea khanna thuto.
Ho sa ntsane ho e-na le likarolo tse ngata Papua New Guinea moo litaba tse molemo li e-s’o boleloe ka lebaka la hore ho thata ho fihla metseng. Ka ho tloaelehileng, tsela feela ea ho buisana le batho ba metse ena ke ho kopana le bona ha ba tlile toropong ho tla reka lintho. Monna ea tsoang motseng o hōle o ile a fumana Molula-Qhooa ka tsela ena. Ka mor’a ho o bala, o ile a ngolla ofising ea lekala bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng. Ho ile ha kōpuoa moromuoa hore a buisane le eena. Tsela feela ea ho etsa joalo e ne e le ka lengolo, ’me ka lebaka lena, ho ile ha khannoa lithuto tse ngata ka ho ngollana le batho ba thahasellang.
Ba ikemiselitse ho etela sebaka sena, baromuoa ba bang ba ile ba nka leeto ka koloi e hulang ka mabili a mane. E ne e le leeto la lihora tse tšeletseng, boholo ba lona e le tseleng e kotsi e hlatheng e tsoelipanang makhalong a patisaneng a lithaba le linōkeng. Sebakeng se seng “tsela” ena e ne e le ka har’a nōka. Ha ba fihla moo ba eang, ba ile ba fumana thota e ntle ea lisekoere-k’hilomithara tse 10 ho ea ho tse 12 e pota-potiloeng ke lithaba tse tlokomang tse koahetsoeng ke meru, tseo litlhōrō tsa tsona li fihlang marung. E ne eka ba phela nakong e ’ngoe e fetileng. Matlo a ne a hahiloe ka lehlaka, joalokaha a ne a hahoa joalo ka makholo a mangata a lilemo. Ha batho ba utloa hore baromuoa ba fihlile, ba ile ba bokana ka thabo. Le hoja ba bangata ba ne ba e-s’o kopane le Lipaki tsa Jehova, ba ne ba se ba ntse ba ithuta Molula-Qhooa habeli ka beke, ’me hoo e ka bang kaofela ha bona ba ne ba tsoile Kerekeng ea Lutere.
Baromuoa ba ile ba bontša kamoo liboka li lokelang ho tšoaroa kateng hape ba bolela hore ho tla ba le puo ea phatlalatsa letsatsing le latelang ka 8:00 hoseng. Letsatsing le hlahlamang, banna ba bang ba ile ba tsoha ka 4:30 ka matjeke, ’me ba ea metseng e haufi ho ea mema batho hore ba tle puong. Baahi ba motse ba setseng ba ile ba haha holo bakeng sa seboka. Makala a maholo a ile a sebelisoa e le libenche, ’me makala a nang le makhasi a ile a etsa marulelo. Sethala sa sebui se ne se entsoe ka lehlaka. E mong le e mong o ne a thabile. Ho ne ho e-na le batho ba 44 sebokeng seo, ’me ba bacha ba 11 ba ile ba fana ka mabitso a bona hore ba ithute ka ngollano. Baromuoa ba ile ba khutlela hae ba khathetse empa ba khotsofetse haholo ka seo ba se finyeletseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 45]
Grant ea lilemo li robeli oa Zambia o khanna lithuto tse ngata tsa Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 57]
Lephephe le sebelisoang lipontšong bakeng sa litholo Engelane