Leqephe la Bahatisi
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003
E Nang le Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 2002
“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.
Ke tlhohonolofatso e kaakang ho thabela kamano e mofuthu le ’Musi oa bokahohle! Ke eena Ea Phahameng ka ho Fetisisa ’me o na le matla ebile o lakatsa hore re phele ka ho sa feleng re phetse hantle ’meleng re bile re thabile. Temana ea rōna ea selemo sa 2003 e re kholisa hore Jehova ha a ele hloko boiteko ba rōna feela empa o boetse o bo ananela e le kannete. Molimo eo re mo rapelang o lerato hakaakang!
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 2]
Page 11: World Trade Center: Andrea Booher/FEMA News Photo; lava flow: AP Photo/Sayyid Azim; page 13: Courthouse: Photo by Josh Mathes, Collection of the Supreme Court of the United States; page 211: Refugees: U.S. Navy photo; page 235: Newspaper clipping: Manila Chronicle