Leqephe la Bahatisi
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
E Nang le Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 2003
“Le lule le lebetse . . .
Le itokise.”—Matheu 24:42, 44.
Lentsoe la Molimo le re hopotsa ka makhetlo a mangata hore letsatsi la Jehova le tla fihla ka tšohanyetso e khōlō. Kahoo, temana ea rōna ea selemo ea 2004 e bontša lerato le tebileng leo Jesu a ratang barutuoa ba hae ka lona, bao a batlang ho ba pholosa “matšoenyehong a maholo.” (Tšen. 7:14) Re ka lula re lebetse re bile re itokisitse moeeng joang? Ka ho se lumelle letho ho re sitisa ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho thabela litokelo tsa rōna tsa ho etsa tšebeletso e halalelang. Monongoaha Buka ea Selemo e fupere mehlala e mengata ea Lipaki tse tšepahalang, tse ileng tsa nka ka ho teba keletso eo e lerato ea Jesu. E se eka u ka etsisa tumelo ea tsona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Presses on pages 13, 22, and 23: Copyright by MAN Roland Druckmaschinen AG