Russia
“HO TLOHA bochaba-tsatsi esita le ho isa bophirima-tsatsi lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba.” (Mal. 1:11) Kajeno rea bona hore boprofeta boo bo tsotehang boo Jehova a ileng a bo bolela lilemong tse 2 450 tse fetileng boa phethahala naheng ea Russia. Naheng ena e akarelletsang mabatooa a 11 a nang le linako tse sa tšoaneng, ha letsatsi le likella batho ba tšepahalang ba Jehova ba motseng oa Kaliningrad o ka bophirimela, le se le ntse le chabela bahoeletsi ba lebatooeng la ho qetela le ka bochabela Hloahloeng ea Chukchi, e ka mose ho Mochophoro oa Leoatle la Bering ha u tloha Alaska. Ka tsela eo, ba etsang mosebetsi oa boboleli ba ’Muso le oa ho etsa barutuoa Russia ha ba likelloe ke letsatsi. Mosebetsi oo bara le barali babo rōna ba sebete ba ileng ba o etsa ka boitelo mehleng ea Soviet Union o hlohonolofalitsoe haholo. Joalokaha re tla bona, ba ile ba mamella mahloriso a sehlōhō, ’me ka ho etsa joalo, ba betlela bahoeletsi ba fetang 150 000 ba sebeletsang Russia kajeno khoro.
Russia, e tsebahalang ka hore ke “Linaha Tse Kopaneng Tsa Russia,” hase naha ea sechaba se le seng kapa morabe o le mong feela. Joalokaha lebitso la eona le bontša, ke linaha tse ikopantseng, tse nang le batho ba mehlobo, lipuo le merabe e sa tšoaneng, ’me o mong le o mong o na le setso sa oona. Pale ea rōna naheng ena e kopantseng batho ba mehlobo e mengata, ba lipuo le ba malumeli a sa tšoaneng, ha e qale Russia ea kajeno e tlas’a puso ea sechaba ka sechaba, empa e qala lilemong tse ka holimo ho lekholo tse fetileng ’Musong oa Russia oo ka nako eo o neng o busoa ke morena.
O ILE A PAKELA BARUTI KA SEBETE MOSCOW
Nakong ea tsosoloso ea bolumeli, Semyon Kozlitsky, eo e neng e le monna ea ratang bolumeli haholo a bile a tsoa seminaring ea Kereke ea Orthodox ea Russia, o ile a kopana le Charles Taze Russell, ea neng a eteletse pele mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele, tseo hona joale li tsejoang e le Lipaki Tsa Jehova. Setloholo sa Semyon se bitsoang Nina Luppo se ile sa re: “Ka 1891 Ntate-moholo o ile a ea United States moo a ileng a kopana le Mor’abo rōna Russell. O ile a boloka foto ea hae moo a nang le Mor’abo rōna Russell ’me kamehla o ne a mo bitsa mor’abo.” Ho elella qetellong ea lilemo tsa bo-1800, Mor’abo rōna Russell le bo-mphato ba hae ba ne ba tsamaisa mosebetsi oa ho tsosolosa borapeli bo hloekileng ka ho ruta linnete tse matla tsa Bibele. Mosebetsi ona o ne o akarelletsa ho pepesa lithuto tsa bohata tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana le baruti ba tsona. ’Nete ea Bibele hammoho le tsela eo Mor’abo rōna Russell le bo-mphato ba hae ba neng ba chesehela borapeli bo hloekileng ka eona, li ile tsa susumelletsa Semyon hore a pakele baruti ka sebete Moscow. Seo se ile sa fella ka eng?
Nina o ile a ngola tjena: “Ha aa ka a qosoa, empa hang-hang o ile a lelekeloa Siberia a tlanngoe ka liketane hobane ho ne ho thoe o rohakile moarekabishopo oa Moscow, ’me ke kamoo lentsoe la Molimo le ileng la fihla Siberia kateng ka 1891.” Qetellong, Semyon Kozlitsky o ile a isoa sebakeng se seng Siberia seo kajeno se seng se oela Kazakhstan. Ha a fihla moo, o ile a tsoela pele ho bolela lentsoe la Molimo ka cheseho ho fihlela a shoa ka 1935.
‘RUSSIA HA E E-S’O BE MOTHATING OA HO AMOHELA ’NETE’
Mor’abo rōna Russell o ile a etela Russia ka lekhetlo la pele hona selemong seo ka sona Semyon Kozlitsky a ileng a lelekeloa Siberia. Ha ho buuoa ka leeto leo, hangata ho qotsoa mantsoe a hae a reng, “re fumane Russia e e-s’o be mothating oa ho amohela ’nete.” Na o ne a bolela hore batho ba moo ba ne ba sa batle ho mamela ’nete? Che. ’Muso oa bohatelli ke oona o neng o sitisa batho ho mamela ’nete.
Ha Mor’abo rōna Russell a tšohla boemo bona makasineng ea Zion’s Watch Tower ea March 1, 1892, o ile a re: “’Muso oa Russia o laola ntho eo motho e mong le e mong a e etsang naheng eo, ’me ha o tšepe motho ofe kapa ofe ea tsoang ka ntle ho naha. O lokela ho hlahisa phasepoto hoteleng e ’ngoe le e ’ngoe le seteisheneng se seng le se seng sa terene ha a kena le ha a tsoa motseng leha e le ofe kapa toropong leha e le efe. Mong’a hotele o nka phasepoto eo ebe o e fa Mookameli oa Sepolesa, ea e tšoarang ho fihlela ha motho a se a tsamaea, e le hore ba ka nolofalloa ho hlahloba hore na motho ofe kapa ofe eo ba sa mo tsebeng o kene neng ka har’a naha kapa hore na o tsamaile neng. Liofisiri le ba boholong ba mpa feela ba bua ka tsela e nang le tlhompho, e leng se bontšang hore ba mpa ba lumeletse motho hore a kene ka hare ho naha, ’me libuka kapa lipampiri leha e le life tseo a li tšoereng baa li hlahlobisisa ho tiisa hore ha ho letho le reretsoeng ho kena-kenana le likhopolo tsa bona.”
Ho ne ho ka ’na ha bonahala eka maemong a joalo mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ne o tla ea ka letheketheke. Leha ho le joalo, ho ne ho se letho le ka thibelang peō ea ’nete hore e hōle Russia.
“LETSATSI LA LINTHO TSE NYENYANE” LEA CHABA
Khale koana ka bo-1887, Zion’s Watch Tower e ile ea tlaleha hore likhatiso tsa makasine eo li ne li rometsoe libakeng tse fapa-fapaneng, “ho akarelletsa le Russia.” Ka 1904 sehlotšoana se seng sa Liithuti Tsa Bibele Russia se ile sa romela lengolo le bolelang hore li fumane lingoliloeng tsa Bibele, le hoja li li fumanetse thateng. Lengolo leo le ile la re: “Lingoliloeng tseo li ne li bonahala pepenene” ’me liofisiri tsa ’muso tse hlahlobang lingoliloeng li ile tsa “batla li li thibela ho kena ka hare ho naha.” Sehlotšoana sena se ile sa ananela lingoliloeng tsena hoo se ileng sa re, “Mona li fumaneha ka thata joaloka khauta.” Ho bontša hore se utloisisa morero oa lingoliloeng tsena, se ile sa re: “E se eka Morena a ka re hlohonolofatsa a ba a re fa monyetla oa ho aba lingoliloeng tsena.”
Ruri mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ne o qalile ka matla Russia, ’me le hoja borapeli ba ’nete bo ne bo e-s’o ate, bo ne bo se bo qalile ho itsetsepela. Leha ho le joalo, tseo e ne e sa le linyane feela, etsoe moprofeta Zakaria o ile a re, “ke mang ea nyelisitseng letsatsi la lintho tse nyenyane?”—Zak. 4:10.
Lilemong tse ileng tsa latela, bara ba bang babo rōna ba chesehang ba Jeremane ba ile ba romela lingoliloeng Russia. Boholo ba tsona e ne e le tsa Sejeremane, ’me batho ba bangata ba buang Sejeremane ba ile ba amohela ’nete. Ka 1907, batho bao e neng e le litho tsa Kereke ea Jeremane ea Baptiste e Russia ba ile ba fumana letoto la libuka tsa Millennial Dawn, tseo ba neng ba li romeletsoe. Ha ba 15 ba bona ba emela borapeli ba ’nete, kereke e ile ea ba leleka. Hamorao, moruti ea neng a ba hanyetsa o ile a lemoha hore seo buka ea Millennial Dawn e se buang ke ’nete.
Le hoja ho ne ho sa tloaeleha, ka 1911 banyalani ba bang ba bacha lilemong ba neng ba ile phomolong Russia ka mor’a lechato la bona, ba ile ba khatha tema e khōlō mosebetsing oa boboleli moo. E ne e le ba ha Herkendell ba neng ba tsoa Jeremane, bao eitseng ha ba qeta ho nyalana, ba etela Russia ka morero oa ho pakela batho ba buang Sejeremane moo. Ba ha Herkendell ba ile ba thaba ha ba fumana ho e-na le lihlopha tse ka thōko tsa bahoeletsi ba ’Muso moo ’me ba li thusa moeeng.
Pejana, ha ’mali e mong oa Russia a ngola, o ile a re: “Ke fumana lingoliloeng tse tsoang Jeremane e le tsa bohlokoa joalokaha manna a tsoang leholimong e ne e le a bohlokoa ho bana ba Iseraele. . . . Re masoabi feela hore ebe lingoliloeng tseo hase tsa Serussia. Ke sebelisa monyetla o mong le o mong oo ke o fumanang ho fetolela lingoliloeng tse sa tšoaneng ka Serussia.” Mosebetsi oa ho fetolela o ile oa qala ka tsela eo; empa tseo e ne e sa le linyane feela.
“BATHO BA BANGATA BA BATLA MOLIMO”
Ka 1911, mor’abo rōna e mong oa Lepolishe ea bitsoang R. H. Oleszynski, ea neng a lula Warsaw, Poland, eo karolo e ’ngoe ea eona e neng e le tlas’a ’Muso oa Russia, o ile a hlophisa hore pampitšana ea Where Are the Dead? e hatisoe ka Serussia. Ha a ngolla Mor’abo rōna Russell, o ile a re: “Ke kentse pampitšana e le ’ngoe ka hare ho lengolo lena . . . Ba ntefisitse liruble tse mashome a supileng a metso e meraro bakeng sa lipampitšana tse likete tse leshome . . . Le hoja ho e-na le mathata a mangata, batho ba bangata ba batla Molimo.” Lipampitšana tsena hammoho le lingoliloeng tse ling li ile tsa fuoa batho ba buang Serussia ba ileng ba tsamaea le tsona ha ba ea Russia. Ka tsela eo ho ile ha finyelloa bohato bo boholo tšimong ena ea puo e ncha. Nakoana ka mor’a moo lingoliloeng tse ling, tse kang lipampitšana, libukana tse lekanang le limakasine le libukana tse ling li ile tsa qala ho hatisoa. Ha nako e ntse e ea, ho ile ha etsoa boiteko ba ho fetolela lingoliloeng tse ling tse khōlō.
Ka 1912, Mor’abo rōna Russell o ile a etela Finland, eo ka nako eo e neng e oela tlas’a ’Muso oa Russia. Kaarlo Harteva o ile a nehoa lengolo le mo fang matla a ho ba moemeli oa molao oa Watch Tower Bible and Tract Society, Finland. Ka la 25 September, 1913, moemeli oa morena oa Russia, e leng Lenģosa la ’Muso oa Russia le neng le le New York, o ile a otla lengolo leo ka setempe sa ’muso a ba a le saena.
LEETO LA BOBOLELI LA LIKHOELI TSE PELI LEA LELEFALA
Nakoana pele Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma, Joseph F. Rutherford o ile a tloha Brooklyn a etela linaha tse ’maloa e le moemeli oa mokhatlo o hlophisitsoeng. Ha a ntse a le leetong leo, o ile a kopana le Seithuti sa Bibele se bitsoang Dojczman motseng oa Lodz, Poland. Nakoana ka mor’a moo, Mor’abo rōna Dojczman hammoho le lelapa la hae ba ile ba kena leetong le neng le lokela ho nka likhoeli tse peli ’me ba haola le naha eohle ea Russia. Leha ho le joalo, ho qhoma ha ntoa ho ile ha lelefatsa leeto la bona.
Ka mor’a hore ba fete maqakabetsing a mangata, ba ha Dojczman ba ile ba iphumana ba le motseng o monyenyane o pel’a Nōka ea Volga. Ka 1918 ba ile ba etsa qeto ea ho khutlela Poland, empa ba sitisoa ke seoa sa sekholopane. Ka mor’a moo, ho ile ha koaloa maliboho ka lebaka la ntoa ea bana ba thari. Bana ba bona ba bararo ba ile ba hlokahala lilemong tseo—’me ba akarelletsa ea ileng a bolaoa ke sekholopane le ea ileng a bolaoa ke nyumonia.
Tlala e ne e jele setsi ho bile ho rena tšabo. Batho ba ne ba shoella literateng ba bolaoa ke tlala. Ka lebaka la morusu o ileng oa e-ba teng, batho ba bangata, haholo-holo melata, ba ne ba qosoa ka hore ba tšehetsa “ba lireng” ’me ba ne ba bolaoa ka potlako ho se nyeoe ea letho. Ka letsatsi le leng, monna e mong ea neng a tsamaea le lesole le hlometseng o ile a itšohlometsa ka tlung ea ba ha Dojczman.
O ile a hoeletsa a re, “Motho enoa ke oa lireng, mo tšoare!”
Lesole leo le ile la mo botsa ho re, “Hobane’ng? O entse’ng?”
Monna eo o ne a batla ho etsa moritaoke hore a se ke a lefa Mor’abo rōna Dojczman ea neng a mo etselitse mosebetsi o itseng oa ho betla mapolanka. Ka mor’a hore le ba mamele ka bobeli, lesole leo le ile la lemoha hore monna eo o ne a rerile bolotsana eaba le mo sutumelletsa ka ntle. Eaba lesole leo le bolella Mor’abo rōna Dojczman hore le sa ntse le hopola mohla ba neng ba qoqa hamonate ka Bibele. Mohlomong moqoqo oo ke oona o ileng oa pholosa Mor’abo rōna Dojczman le lelapa la hae. Ka 1921 ’muso oa Makomonisi o ile oa hlōla sesole sa marabele, eaba ntoa ea bana ba thari ea lala. Nakoana ka mor’a moo ba ha Dojczman ba ile ba menahana le mehlala ba boela ha habo bona Poland.
TSELA EO MABOLSHEVIK A ILENG A TŠOARA LIITHUTI TSA BIBELE KA EONA
Ha Ntoa ea I ea Lefatše e ntse e kupa, mecha ea puisano e fokolang e neng e le teng pakeng tsa barab’abo rōna ba Russia le ba linaheng tse ling e ile ea fela. Joaloka barab’abo Kreste ba bang lefatšeng ka bophara, mohlomong barab’abo rōna ba Russia ba ne ba sa utloisise ka botlalo taba ea ho hlomamisoa ha Kreste boreneng. Ba ne ba sa tsebe ho hang hore naha ea habo bona e tla tloha e apareloa ke liketsahalo tse ikhethang ka ho fetisisa tsa lekholong la bo20 la lilemo, ’me boholo ba tsona e le tse phethahatsang boprofeta ba Bibele.
Ho ella qetellong ea 1917, Phetohelo ea Russia e ile ea felisa puso ea marena a Russia e nkileng lilemo tse 370. Kaha babusi ba bacha ba Russia ba Mabolshevik ba ne ba sa elelloe boteng ba Morena Jesu Kreste, ba ne ba rerile ho etsa ntho e khōlō—e leng ho theha ’muso o mocha oa batho, o fapaneng ka ho feletseng le mebuso eohle e bileng teng pele ho oona. Kahoo, lilengoana tse seng kae hamorao, ho ile ha thehoa Union of Soviet Socialist Republics, kapa USSR. Qetellong e ne e tla akarelletsa sebaka se ka lekanang le karolo e le ’ngoe ho tse tšeletseng tsa lefatše.
Ho thahasellisang ke hore lilemo tse seng kae pele ho Phetohelo ea Russia, moeta-pele oa pele oa Soviet Union, Vladimir Lenin, o ne a ile a re: “Motho e mong le e mong o lokela ho ba le bolokolohi bo feletseng, eseng feela ba ho ikhethela bolumeli boo a bo ratang, empa le ba ho tsebahatsa bolumeli ba hae kapa ho bo fetola. Ha ho le ea mong oa ba boholong ea nang le tokelo ea ho botsa leha e le mang ka bolumeli ba hae: ke taba e amang letsoalo la motho ka mong ’me ha ho na motho ea nang le tokelo ea ho kena-kenana le seo.”
Libakeng tse ling ka har’a naha, Social Democratic Party e ne e latela melao-motheo ena e behiloeng ke ba boholong, e leng se neng se fa batho ba lipelo li ntle monyetla oa hore ba bolelle batho ba bang linnete tsa Bibele. Leha ho le joalo, ka kakaretso ’Muso ona o mocha o ile oa bontša li sa tloha feela hore ha o lumele ho Molimo le hore o hloile bolumeli ka ho bo bitsa “matekoane sechabeng.” O mong oa mehato ea pele eo Mabolshevik a ileng a e nka e bile ho laela hore Kereke le ’Muso li arohane. Molao o ile oa thibela mekhatlo ea bolumeli ho ruta lithuto tsa eona ’me mehaho ea likereke e ile ea nkoa ke ’muso.
Ebe ’muso oo o mocha o ne o tla talima lihlopha tsa Liithuti Tsa Bibele tse hasa-hasaneng tse neng li tšepahala ’Musong oa Molimo joang? Nakoana ka mor’a phetohelo ea 1917, Seithuti se seng sa Bibele se neng se le Siberia se ile sa ngola ’me sa hlalosa boemo bona bo sa jeseng litheohelang: “Mohlomong lea hlokomela hore na maemo a joang mona Russia. Re busoa ke ’muso oa Masoviet oa Bokomonisi. Le hoja ho le pepenene hore ba leka ho etsa lintho ka toka, ba nyelisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le Molimo.”
Ka 1923 ho hanyetsoa ha Liithuti Tsa Bibele ho ile ha tōta. Barab’abo rōna ba ile ba ngola tjena: “Sepheo sa lengolo lena ke ho le tsebisa hore na ho etsahala’ng mona Russia. . . . Re na le lintho tse hlokahalang, tse kang lijo, liaparo, . . . empa ntho e ka sehloohong eo re e hlokang ke lijo tsa moea. ’Muso o re amohile libuka tseo le re romeletseng tsona. Kahoo re kōpa hore le re romele lengolo le nang le lintlha tse qotsitsoeng ho lingoliloeng tsohle tseo le nang le tsona ka Serussia . . . Batho ba bangata ba lapetse Lentsoe la ’Nete. Haufinyane tjena batho ba bahlano ba ile ba bontša boinehelo ba bona ka ho qoelisoa metsing, ’me Mabaptiste a leshome le metso e mehlano le ’ona a se a kopanela le rōna.”
Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1923, o ile oa re: “Mokhatlo o ntse o etsa matsapa a ho romela lingoliloeng Russia ’me o tla ’ne o tsoele pele ho etsa joalo ka mohau oa Morena.” Ka 1925, Molula-Qhooa o ne o se o le teng ka Serussia. Litholoana tsa ho ba teng ha oona li ile tsa bonahala hang-hang mosebetsing oa ho paka Russia. Ka mohlala, monna e mong eo e neng e le setho sa Kereke ea Evangeli o ne a thatafalloa ho utloisisa hore na thuto ea mollo oa lihele e amana joang le hore Molimo o lerato. Ha a botsa batho bao a kenang kereke le bona potso ena, ba ile ba mo rapella hore Molimo a mo thuse a lahle menahano e joalo. Hamorao eena le mosali oa hae ba ile ba fuoa limakasine tsa Molula-Qhooa ’me hang-hang ba lemoha hore ke ’nete. O ile a ngola ’me a kōpa lingoliloeng tse ling, a re, “Re emetse manna a tsoang mose ho maoatle.” Nako le nako bara ba bang babo rōna ba Russia le bona ba ne ba tlaleha hore ba amohetse “manna” ao, ba leboha barab’abo rōna ba United States ka lerato la Bokreste leo ba le bontšang ha ba hlahisa lingoliloeng tseo tse matlafatsang tumelo.
“KE KŌPA LE NTHOMELLE TSE SENG KAE MOFUTENG O MONG LE O MONG”
Ho ile ha hatisoa lengolo le leng le amang maikutlo Molula-Qhooeng (oa Senyesemane) oa September 1925. Monna e mong oa tichere ea tsoang lelapeng la boemo bo tlaase o ile a hlalosa hore ba ile ba tloha karolong e ka boroa ea Russia ba fallela Siberia ka 1909. Lengolong leo o ile a re o balile lingoliloeng tseo ’me li mo hlatsoitse pelo, eaba o phaella ka ho re, “Takatso ea pelo ea ka ke hore ke thusoe ho utloisisa linnete tse halalelang tsa Molimo ka botlalo e le hore nka ba le matla a eketsehileng a ho loana le mesebetsi ea lefifi.” Ha a phethela lengolo leo o ile a kōpa lingoliloeng tse eketsehileng ka mantsoe a reng, “Ke kōpa le nthomelle tse seng kae mofuteng o mong le o mong.”
Makasineng eona eo ho ile ha hatisoa karabo ea mohlophisi, e reng: “E se e le nakoana re ntse re leka ho romela lingoliloeng Russia, empa matsapa ’ohle a rōna a ile a nyopa ka lebaka la khanyetso ea ’muso oa Russia. Lengolo lena hammoho le a mang a kang lona, a tšoana le pitso e tsoang Macedonia e reng: ‘Tšelela [koano] . . . ’me u re thuse.’ (Lik. 16:9) Hang ha re fumana monyetla re tla le thusa, haeba e le thato ea Morena.”
Ka sebele Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling li ne li tla thusa haholo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo “hore e be bopaki” ho batho ba buang Serussia! (Mat. 24:14) Ka 2006 lenane la likhatiso tsa Lipaki Tsa Jehova tsa Serussia le ne le se le nyolohetse ho tse 691 243 952, e leng palo e fetang ea puo leha e le efe e ’ngoe kantle ho Senyesemane, Sepotoketsi le Sepanishe. Ruri Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa Lipaki tsa hae oa ho phatlalatsa ’Muso.
HO PAKELA MARUSSIA A LINAHENG TSE LING
Ha Mabolshevik a qala ho busa ’me ho thehoa ’Muso oa Bokomonisi, Marussia a mangata a ile a fallela linaheng tse ling. Molula-Qhooa le likhatiso tse ling tsa Serussia li ne li hatisoa ka ntle ho Soviet Union. Kahoo, ’muso oa Masoviet o ne o ke ke oa thibela lijo tsa moea ho romeloa linaheng tse ling. Ho elella qetellong ea lilemo tsa bo-1920, likhatiso tsa Serussia li ne li khona ho fihla hohle lefatšeng, ’me Marussia a linaheng tse kang Australia, Finland, Fora, Latvia, Paraguay, Poland, United States le Uruguay a ile a ngola mangolo a teboho.
Qetellong, barab’abo rōna ba ile ba lokisetsa hore ho tšoaroe liboka tsa Bokreste ho tse ling tsa libaka tsena ho be ho boleloe litaba tse molemo ka Serussia. United States, liea-le-moea li ne li atisa ho hasa lipuo tsa Bibele ka Serussia. Ho ile ha thehoa liphutheho tsa Serussia, tse kang e Brownsville, Pennsylvania, ha ba ha hlophisoa likopano. Ka mohlala, ka May 1925, barab’abo rōna ba ile ba tšoara kopano ea Serussia ea matsatsi a mararo Carnegie, Pennsylvania. Ho ne ho e-na le batho ba 250, ’me ha kolobetsoa ba 29.
LINTHO LIA FETOHA
Ka mor’a lefu la Lenin, ’muso o ile oa hakala letšolong la oona la ho hlasela malumeli ’ohle. Ka selemo sa 1926 ho ile ha thehoa Mokhatlo o Mabifi oa ba Khahlanong le Molimo—e leng lebitso le hlalosang sepheo sa oona hantle. Mashano a sa feleng a batho ba reng Molimo ha a eo a ne a reretsoe ho fetola likelello le lipelo tsa batho e le hore ho hang ba se ke ba e-ba le tumelo ho Molimo. Ka mor’a nako e khutšoanyane, Soviet Union eohle ho ne ho se ho rena moea oa hore Molimo ha a eo. Seithuti se seng sa Bibele se ile sa ngolla ntlo-khōlō ea lefatše ea Liithuti Tsa Bibele lengolo le neng le re: “Bacha ba hahlameloa ke moea ona ’me ha ho tika-tiko hore o ba sitisa ho ithuta ’nete.”
Mokhatlo o Mabifi oa ba Khahlanong le Molimo o ile oa hatisa lingoliloeng tse reng Molimo ha a eo, tse akarelletsang makasine e bitsoang Antireligioznik. Ka 1928 makasine eo e ile ea re: “Lebatooa la Voronezh le tletse maquloana.” Har’a a mang, e ile ea bua ka “Liithuti Tsa Mangolo a Halalelang” tse 48 tseo “baeta-pele ba tsona e neng e le Zinchenko le Mitrofan Bovin.” Ho thahasellisang ke hore Molula-Qhooa oa September 1926 o ne o e-na le lengolo le tsoang ho Mikhail Zinchenko oa Russia, le neng le re: “Batho ba lapetse lijo tsa moea. . . . Re na le leqeme le leholo la lingoliloeng. Mor’abo rōna Trumpi le ba bang ba fetolela lingoliloeng tsa Serussia ebile baa li kopitsa ’me ke kamoo re iphepang kateng le kamoo re tšehetsanang kateng moeeng. Barab’abo rōna bohle ba Russia ba re re le lumelise.”
Ka September 1926, Mor’abo rōna Trumpi o ile a ngola lengolo le reng ho na le tšepo ea hore ba boholong ba tla lumella barab’abo rōna ho fumana lingoliloeng tsa Serussia. O ile a kōpa barab’abo rōna ba Bethele ea Brooklyn hore ba ba romelle lipampitšana, libukana, libuka le livolume tsa Watch Tower ba sebelisa ofisi e Magdeburg, Jeremane. Ha Mor’abo rōna Rutherford a fumana kōpo ena, o ile a romela George Young, Moscow. O ile a fihla moo ka la 28 August, 1928. Young o ile a ngola tjena lengolong le leng la hae: “Ho etsahetse lintho tse thahasellisang mona, empa ha ke tsebe hore na ebe ba tla ntumella hore ke lule nako e kae.” Le hoja a ile a khona ho kopana le e ’ngoe ea liofisiri tse ka sehloohong Moscow, o ile a fuoa tumello ea ho lula moo ho fihlela ka la 4 October, 1928, feela.
Ka nako e tšoanang, ho ne ho sa hlaka hore na ’Muso oa Masoviet o sa tsoa thehoa o ne o talima bolumeli joang. Litokomane tse ’maloa tsa ’muso li ne li bontšitse hore takatso ea ’muso ke hore lihlopha tsa bolumeli li kenyelletsoe har’a basebetsi Soviet Union. Ha lilemo li ntse li e-ea, takatso ena e ile ea fetoha leano la ’muso. Ke habohlokoa ho utloisisa hore ’muso oa Masoviet o ne o sa batle ho bolaea batho ba Jehova; empa o ne o loanela ho laola lipelo le likelello tsa bona. O ne o batla ho kholisa batho ba Molimo hore ba ikamahanye le oona, ho ba susutlella hore ba tšepahale ho ’Muso oa naha feela. Ho hang o ne o sa batle hore batho ba tšepahale ho Jehova.
Ka mor’a hore Mor’abo rōna Young a tsamaee, barab’abo rōna ba Russia ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka cheseho. Danyil Starukhin o ile a khetheloa hore a hlophise mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Russia. Mor’abo rōna Starukhin o ile a etela Moscow, Kursk, Voronezh, le metseng e meng ea Russia hammoho le Ukraine ho ea ntšetsa mosebetsi ona pele le ho khothatsa barab’abo rōna. Eena le bara ba bang babo rōna ba ile ba pakela Mabaptiste matlong a ’ona a thapelo, ba qaqisa ’nete ka Jesu Kreste le ’Muso oa Molimo. E le hore barab’abo rōna ba Russia ba ka tšoara liboka phatlalatsa, ka January 1929 ba ile ba lokisetsa ho hira mohaho o mong oa kereke Kursk oo ba neng ba tla o lefella lidolara tse 200 ka selemo.
Hamorao selemong seo, barab’abo rōna ba Bethele ea Brooklyn ba ile ba kōpa Lefapha la Sechaba la Khoebo la USSR hore le ba lumelle ho kenya lingoliloeng tsa Bibele tse seng kae ka hare ho Soviet Union. Lingoliloeng tseo tse rometsoeng li ne li akarelletsa libuka tse 800 tsa The Harp of God le tsa Deliverance haesita le libukana tse 2 400. Ho e-s’o fete likhoeli tse peli, lingoliloeng tseo tse rometsoeng li ile tsa khutla li otliloe ka setempe se reng: “Li Khutlisitsoe Hobane Lefapha la Tsamaiso la Likhatiso ha Lea li Lumella ho Kena ka Har’a Naha.” Leha ho le joalo, barab’abo rōna ha baa ka ba tela. Ba bang ba ne ba nahana hore lingoliloeng tseo li khutlisitsoe hobane li ne li hatisitsoe ka Serussia sa khale. Ho tloha ka nako eo, barab’abo rōna ba ile ba tiisa hore lingoliloeng tsohle tsa Serussia li fetoleloa ka tsela e nepahetseng ebile li hatisoa ho latela melao e mecha ea puo eo.
HO NE HO HLOKAHALA PHETOLELO EA BOEMO BO HOLIMO
Ho tloha ka 1929 Melula-Qhooa e ’maloa e ne e e-na le litsebiso tse reng ho hlokahala bafetoleli ba tšoanelehang ba tsebang Senyesemane le Serussia. Ka mohlala, Molula-Qhooa oa Serussia oa March 1930 o ne o e-na le tsebiso e reng: “Ho hlokahala mor’abo rōna ea tšoanelehang, ea inehetseng, ea tsebang Senyesemane le Serussia hantle ea ka fetolelang lingoliloeng tsa Senyesemane ka puo ea Serussia.”
Jehova o ile a bona hore seo sea hlokahala ’me ho ile ha fumanoa bafetoleli ba hlahang linaheng tse sa tšoaneng. E mong oa bafetoleli bao e ne e le Aleksandr Forstman, eo ka 1931 ofisi ea lekala ea Denmark e Copenhagen e neng e se e ntse e romella lihlooho tseo a li fetoletseng ka Serussia ntlo-khōlō ea lefatše ea Liithuti Tsa Bibele. Mor’abo rōna Forstman e ne e le mofetoleli ea mahlahahlaha ea neng a lula Latvia. Kaha o ne a rutehile a bile a tseba Senyesemane le Serussia hantle, o ne a khona ho fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka potlako. Qalong o ne a qeta lihora tse seng kae feela ka beke mosebetsing oa ho fetolela, hobane o ne a boetse a sebetsa mosebetsi oa boipheliso e le hore a ka hlokomela mosali oa hae ea sa lumelang le ngoana. Ka December 1932, Mor’abo rōna Forstman e ile ea e-ba mofetoleli oa nako e tletseng. Ha a ntse a etsa mosebetsi oo, o ile a fetolela lipampitšana, libukana le libuka. O ile a hlokahala ka 1942.
Barab’abo rōna ba ne ba e-na le tjantjello e matla ea ho fetolela lingoliloeng tsa Serussia ka tsela e tsoileng matsoho, kaha ba ne ba lumela hore haufinyane mosebetsi oa ’Muso o ne o tla lumelloa ka molao Russia. William Dey, eo e neng e le molebeli oa Ofisi e Europe Leboea, o ile a re ha a ngolla Mor’abo rōna Rutherford: “Ha Russia e khaotsa ho thibela mosebetsi oa boboleli, e leng seo ntle ho pelaelo se tla etsahala haufinyane, ho tla ba molemo haeba re e-na le lingoliloeng tse fetoletsoeng ka bokhabane tseo re tla li fa baahi ba mona ba limilione tse 180.”
MANANEO A HASOANG SEEA-LE-MOEENG
Seea-le-moea e ne e le mocha o mong oa ho hasa litaba tse molemo tšimong e khōlō ea Russia. Molula-Qhooa oa February 1929 o ne o e-na le tsebiso e reng: “Ho tla fanoa ka lipuo tsa Serussia seea-le-moeeng.” Batho ba Soviet Union ba ne ba khona ho mamela mananeo a hasoang seea-le-moeeng Estonia Sontaha se seng le se seng sa bobeli le sa bone sa khoeli.
Hamorao Mor’abo rōna Wallace Baxter, eo e neng e le molebeli oa lekala la Estonia, o ile a re: “Ka mor’a lipuisano tse telele, ka 1929 ho ile ha saenoa tumellano e neng e tla nka selemo. Nakoana ka mor’a hore re qale ho hasa mananeo a Serussia, re ile ra utloa hore batho ba Leningrad ba ne ba a mamela. ’Muso oa Soviet Union o ile oa etsa ntho e tšoanang le eo baruti ba Estonia ba ileng ba e etsa. ’Muso le baruti bao ba ile ba re batho ba se ke ba mamela molaetsa oa ’Muso.” Ka 1931, mananeo a Serussia a ne a hasoa ka nako e loketseng bamameli, ho tloha ka 5:30 ho fihlela ka 6:30 mantsiboea leqhubung le bohareng. Ka June 1934 mananeo ao a ile a thibeloa, ka mor’a hore a hasoe seea-le-moeeng ka lilemo tse tharo le halofo. Lengolong le tsoang ofising ea lekala ea Estonia barab’abo rōna ba ile ba hlalosa hore na ho tlile joang hore mananeo ao a thibeloe, ’me ba re: “Baruti ba ile ba bolella ’muso [oa Estonia] hore lipuo tseo re li hasang seea-le-moeeng ha li tšehetse ’Muso, kaha li na le mashano a Bokomonisi a fehlang merusu.”
LINTHO LIA FETOHA
Ka 1935 barab’abo rōna ba Bethele ea Brooklyn ba ile ba romela Anton Koerber Soviet Union, ba e-na le tšepo ea hore a ka khona ho bula ofisi ea lekala moo. Ba ne ba batla ho tlosa mochine oa khatiso Jeremane moo Adolf Hitler a neng a sa tsoa hloella setulong e le hore ba o romele USSR. Le hoja morero ona o sa ka oa atleha, Mor’abo rōna Koerber o ile a khona ho kopana le barab’abo rōna ba ’maloa Russia.
Ka lilemo tse seng kae, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Russia o ile oa ’na oa hatela pele. Tlas’a tsamaiso ea ofisi ea lekala ea Latvia, ho ile ha fetoleloa lingoliloeng tsa Bibele ka Serussia. Leha ho le joalo, ho ne ho le thata ho kenya likhatiso tseo ka hare ho naha. Kahoo lingoliloeng tse ngata li ile tsa tšoaroa ’me tsa isoa polokelong.
Lipaki e ne e le methoaela feela ho fihlela ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma ka 1939. Kahoo, ’muso oa Soviet Union o ne o hlile o sa li natse. Seo sohle se ne se tla tloha se fetoha. Kapele ka mor’a hore Jeremane ea Bonazi e futuhele Poland ka 1939, Soviet Union e ile ea hapa lirephabliki tsa ho qetela tse ’nè—e leng Latvia, Lithuania, Estonia le Moldova, hore e be tse ling tsa lirephabliki tsa eona tse 15. Ka tšohanyetso, Lipaki tse likete li ile tsa iphumana li se li le ka har’a naha ea Soviet Union—e leng sechaba se neng se tla tloha se loana ntoa e mahlo-mafubelu hore se itšireletse. Ba limilione ba ne ba tla feta mahlomoleng le maqakabetsing. E ne e tla ba nako ea hore Lipaki Tsa Jehova li bontše hore li tšepahala ho Molimo leha li hanyetsoa ka sehlōhō.
LI NE LI IKEMISELITSE HORE LI TLA EMA LI TIILE
Ka June 1941, Jeremane e ile ea tsometsa moeta-pele oa Soviet Union, Joseph Stalin, ha e futuhela Soviet Union ka matla a maholo. Ha selemo seo se fela, mabotho a Jeremane a ne a se a le mothating oa ho kena Moscow ’me a ne a bonahala a le haufi le ho hlōla Soviet Union.
Ka ho tsieleha, Stalin o ile a tsoa letšolo la ho hlomella sechaba hore se kene ntoeng eo Marussia a neng a re ke Ntoa e Khōlō ea Barati ba Naha. Stalin o ile a lemoha hore o tlameha ho fa kereke litokelo tse itseng e le hore sechaba se mo tšehetse ntoeng, kaha ba limilione e ne e ntse e le balumeli. Ka September 1943 Stalin o ile a amohela baemeli ba phahameng ka ho fetisisa ba Kereke ea Orthodox ea Russia phatlalatsa Ntlo-khōlō ea ’Muso oa Soviet Union. Sena se ile sa ntlafatsa likamano pakeng tsa Kereke le ’Muso ’me motho e mong le e mong o ne a ka ikela kerekeng efe kapa efe likerekeng tsa moo tse makholo-kholo.
Joaloka Lipaki Tsa Jehova tsa Jeremane, barab’abo rōna ba Russia ba ile ba lula ba sa nke lehlakore ho hang nakong ea ntoa. Ba ne ba itokiselitse ho amohela eng kapa eng e ka ba hlahelang, ba ikemiselitse ka tieo hore ba tla mamela taelo ea Morena oa bona. (Mat. 22:37-39) Ho tloha ka 1940 ho fihlela ka 1945, Lipaki tse fetang sekete tse tsoang Ukraine, Moldova le lirephabliking tsa Baltic, li ile tsa isoa likampong tsa mosebetsi o boima khubung ea Russia ka lebaka la ho lula li sa nke lehlakore.
Ha Vasily Savchuk a hopola se ileng sa etsahala, o re: “Ke kolobelitsoe ka 1941 Ukraine ke le lilemo li 14. Nakong ea ntoa, hoo e ka bang barab’abo rōna bohle ba mafolofolo ba ile ba isoa lichankaneng le likampong khubung ea Russia. Empa mosebetsi oa Jehova ha oa ka oa emisa. Rōna bacha ba neng ba sa le ka tlaase ho lilemo tse 20 hammoho le baralib’abo rōna ba tšepahalang, re ile ra jara boikarabelo ka phuthehong le tšebeletsong ea tšimo. Motseng oa heso, ho ne ho e-na le mor’abo rōna e mong ea qhoalileng ea neng a sa tšoaroa. O ile a re ho ’na: ‘Vasily, re hloka thuso ea hao. Ho na le mosebetsi oa bohlokoa oo re lokelang ho o etsa, empa ha ho na banna ba lekaneng.’ Likeleli li ile tsa keleketla marameng a ka ha ke bona kamoo mor’abo rōna enoa ea kulang a neng a amehile kateng ka mosebetsi oa Jehova. Ka thabo ke ile ka lumela hore ke tla etsa sohle se hlokahalang. Re ne re iketselitse libaka tsa nakoana tsa khatiso tse ka tlas’a mehaho moo re neng re kopitsa lingoliloeng tse tšoereng lijo tsa rōna tsa bohlokoa tsa moea, ebe re li neheletsa ba bang hore ba li fetisetse ho barab’abo rōna ba bang, haholo-holo ba chankaneng.”
Le hoja barali bao babo rōna le bacha bana ba ile ba sebetsa ka boitelo le ka lerato, ho ne ho ntse ho e-na le leqeme la lijo tsa moea. Ntho e ’ngoe e ileng ea thusa ho rarolla bothata boo ke hore ha barab’abo rōna ba Mapolishe ba falla Russia ba ne ba khona ho tlisa litlaleho ofising ea lekala ea Poland. Bara ba bang babo rōna ba Maukraine le ba Marussia ba neng ba tla Russia ba ne ba tla le lijo tsa moea, listensele, enke le lithulusi tse ling tse neng li ka sebelisoa Russia.
“E MONG LE E MONG A IKELE SEBAKENG SA HAE”
Ka 1946 bara ba bang babo rōna ba neng ba lula Poland ba ile ba qobelloa hore ba fallele Ukraine e neng e busoa ke Soviet Union. Ha Ivan Pashkovsky a hopola se ileng sa etsahala, o re: “Barab’abo rōna ba ile ba botsa ofisi ea lekala ea Lodz hore na ba etse’ng ha litaba li le mothating ona. Ha e ba araba e ile ea qotsa Baahloli 7:7, e reng: ‘E mong le e mong a ikele sebakeng sa hae.’ Ka mor’a lilemo tse ngata, ke ile ka utloisisa kamoo Jehova a ileng a tsamaisa mosebetsi oa boboleli ka bohlale kateng masimong ao a thata. Ha e le rōna, ‘sebaka’ sa rōna e ne e le hohle moo Jehova a neng a re isa teng. Re ile ra utloisisa hore ke habohlokoa hore re mamele litaelo tsa ba boholong. Kahoo, re ile ra qala ho itokisetsa ho fallela naheng ea batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng.
“Re ile ra qala ka ho kopana le batho ba 18 ba tlileng ha mora e mong oabo rōna ba neng ba batla ho kolobetsoa ’me ra ba thusa ho etsa litokisetso tse hlokahalang. Re ile ra boela ra bokella moqeqeko oa lingoliloeng tsa Serussia le tsa Seukraine ’me ra leka ho li paka ka tsela e ke keng ea tsosa libata masene ha re phenya-phenngoa. Eitse esale ka matjeke, motse oa habo rōna oa lika-liketsoa ke masole a lebotho la Mapolishe a ileng a re laela hore re hlabe thoto ka monkhoane. A ile a re lumella hore re nke lijo tseo re tla li ja khoeling eo feela le thepa e hlokahalang ea ntlo. Eaba a re isa seteisheneng sa terene. Kahoo Ukraine e busoang ke Soviet Union e ile ea e-ba sona ‘sebaka’ sa rōna.
“Hang ha re fihla moo, batho ba teng le ba boholong ba ile ba re bokanela. Kaha re ne re batla ho qala ho paka hang-hang, re ile ra ba bolella ka sebete hore re Lipaki Tsa Jehova. Letsatsing le hlahlamang re ile ra bona mongoli oa komiti ea temo ea moo a se a fihla a tl’o re bona. O ile a re ntat’ae o falletse Amerika ’me o ntse a mo romella lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Ka sebele, re ile ra thaba ha re utloa taba tseo! Ntho e thabisang haholo ke hore o ile a tšepisa ho re fa lingoliloeng. Ha eena le lelapa la hae ba qala ho kopanela le rōna libokeng, re ile ra lemoha hore naha ena e tletse ‘lintho tse lakatsehang’ tsa Jehova. (Hag. 2:7) Ka mor’a nako e khutšoanyane, lelapa leo kaofela e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova ’me la sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata.”
HO NE HO SA NTSE HO E-NA LE MOSEBETSI O MONGATA
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše le ka mor’a eona, mosebetsi o ne o etsoa tlas’a maemo a boima ka ho fetisisa Russia. Lengolo le tsoang ofising ea lekala ea Poland le neng le ea ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, la la 10 April, 1947, le ile la fana ka tlaleho e reng: “Baeta-pele ba bolumeli ba tšosa litho tsa likereke tsa bona ka hore haeba li nka Molula-Qhooa kapa pampitšana ea Lipaki Tsa Jehova, li tla ahloleloa ho etsa mosebetsi o qobelloang ebile li tla lelekoa. Kahoo, baahi ba naha ena ba aparetsoe ke tšabo ’me batho ba labalabela leseli la moea.”
Buka ea Selemo ea 1947 e ile ea re: “Lipaki ha li na lingoliloeng tse hatisitsoeng ebile ha li na Molula-Qhooa o hatisitsoeng ka bokhabane. . . . Libakeng tse ngata ho sa ntse ho sehloa ka thata ha lingoliloeng li kopitsoa ka letsoho ’me ka mor’a moo li fetisetsoa ho batho ba bang . . . Ka linako tse ling batho ba li tsamaisang baa tšoaroa ebe ba kenngoa teronkong haeba ba fumanoa ba e-na le Molula-Qhooa.”
Regina Krivokulskaya o re: “Ho ne ho bonahala eka naha eohle e kampetsoe ka terata e hlabang, ebile eka re ne re le batšoaruoa esita le hoja re ne re se chankaneng. Banna ba rōna ba neng ba sebeletsa Molimo ka cheseho ba ile ba qeta karolo e khōlō ea bophelo ba bona ba le lichankaneng le likampong tsa mosebetsi o boima. Rōna basali re ile ra lokela ho mamella lintho tse ngata: Kaofela ha rōna re ne re hlobaela bosiu, re lula re behiloe leihlo re bile re tetebetsoa maikutlo ke Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Soviet Union (KGB), re felloa ke mesebetsi re bile re thulana le liteko tse ling. Ba boholong ba ile ba leka matsapa a fapa-fapaneng a ho re khelosa tseleng ea ’nete. (Esa. 30:21) Re ne re bona hantle hore Satane o sebelisa boemo boo ho leka ho emisa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. Empa Jehova ha aa ka a lahla batho ba hae—ho ne ho totobetse hore oa ba thusa.
“Lingoliloeng tsa Bibele, tse neng li khona ho kenngoa ka sekhukhu ka har’a naha le hoja ho ne ho le thata haholo, li ne li re fa ‘matla a fetang se tloaelehileng’ le bohlale e le hore re ka sebetsana le boemo boo. (2 Bakor. 4:7) Jehova o ne a tataisa batho ba hae, ’me esita leha ’Muso o ne o ba hanyetsa ka matla, ba bacha ba ne ba ntse ba tsoela pele ho kena ka hare ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ho hlollang ke hore ho tloha sethathong feela, ba ne ba ikemiselitse ho mamella mathata hammoho le batho ba Jehova. Ke moea oa Jehova feela o neng o ka etsa sena.”
MANGOLO A AKHETSOENG KA NTLE HO TERATA
Ka 1944, Pyotr, eo hamorao a ileng a nyala Regina, o ile a kenngoa teronkong e kampong e Lebatooeng la Gorki ka lebaka la ho lula a sa nke lehlakore joaloka Mokreste. Sena ha sea ka sa mo khoehlisa mangole ho hang mosebetsing oa boboleli. Pyotr o ile a ngola mangolo, ’me lengolong le leng le le leng o ne a hlalosa ka bokhutšoanyane ntlha e itseng eo Bibele e e rutang. O ne a kenya lengolo ka leng ka har’a enfelopo, a e faselletsa lejoeng ebe o e akhela ka nģ’ane ho terata e telele e hlabang. Pyotr o ne a e-na le tšepo ea hore ho na le motho ea tla bala mangolo ao, ’me ka letsatsi le leng ho ile ha fela ha e-ba joalo—a ile a baloa ke ngoanana ea bitsoang Lidia Bulatova. Pyotr o ile a mo bona eaba o kōpa hore a atamele. O ile a mo botsa hore na a ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele. Lidia o ne a rata ho ithuta Bibele, kahoo ba ile ba lokisetsa ho kopana hape. Ka mor’a moo, Lidia o ne a se a tla kamehla a tl’o nka mangolo a mang a bohlokoa.
Lidia e ile ea e-ba morali’abo rōna ea chesehang ea ba ea e-ba ’moleli oa litaba tse molemo ’me ka mor’a nako e khutšoanyane a qala ho khannela Maria Smirnova le Olga Sevryugina thuto ea Bibele. Le bona ba ile ba qala ho sebeletsa Jehova. E le hore ba tšehetse barali bao babo rōna moeeng, barab’abo rōna ba ile ba qala ho romella sehlotšoana sena lijo tsa moea ba ntse ba le ka har’a kampo. Kahoo, Pyotr o ile a etsa sutuk’heise e nyenyane e nang le karolo e patehileng ka tlaase, moo a neng a ka kenya limakasine teng. O ile a lokisetsa hore batho bao e seng Lipaki bao e bileng e seng batšoaruoa ba tle le sutuk’heise eo ha ba tla kampong ba be ba tsamaee le eona. Ba ne ba e isa moo morali e mong oabo rōna a lulang teng.
Ka mor’a nako e khutšoanyane baralib’abo rōna ba ile ba hlophisa mosebetsi oa boboleli sebakeng sa habo bona. Mapolesa a ile a hlokomela taba ena eaba a ba romella mosali e mong eo e neng e le mpimpi, joalokaha ho ne ho tloaelehile mehleng eo. Mpimpi ena eo e neng e le tichere e ile ea iketsa eka e thahasella ’nete hoo baralib’abo rōna ba ileng ba e tšepa. Kaha barali bao babo rōna ba ne ba e-s’o kopane le boemo ba mofuta oo, ka thabo ba ile ba bolella motho enoa eo ba neng ba nahana hore ke morali’abo bona e mocha linnete tsa Bibele, hamorao ba ba ba mo bolella hore na ba fumana lingoliloeng joang. Eitse ha sutuk’heise eo e tsoa lekhetlong le latelang, eaba Pyotr oa koalloa a ba a ahloleloa ho hlola lilemo tse ling tse 25 chankaneng. Barali bao babo rōna ba bararo le bona ba ile ba ahloleloa ho hlola lilemo tse 25 chankaneng.
‘BA LOKELA HO BEHOA LESELING’
Lilemong tsa ha ntoa e ntse e kupa le tsa ka mor’a moo, ’muso oa Soviet Union o ile oa tsoela pele ho hanyetsa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ka matla. Ka March 1947 barab’abo rōna ba Poland ba ile ba tlaleha hore ofisiri e ’ngoe e phahameng ea ’muso tikolohong e ka bophirimela ea Soviet Union e boletse hore ha nako ea selemo e fela, ho tla be ho se na Paki ea Jehova le e ’ngoe moo. Lengolong la bona ba ile ba re: “Eitse ha re ntse re ngola lengolo lena, ke ha ho fihla litaba tsa hore bara le barali babo rōna ba 100 ba tšoeroe ka letsatsi le le leng.” Lengolong le leng le neng le bua ka barab’abo rōna ba likampong, ba ile ba re: “Ntho e hlollang ke tsela eo ba lulang ba tšepahala ho Jehova ka eona. Ba bangata ba se ba bolailoe, ’me baena le bo-khaitseli ba emetse hore Jehova a ba lopolle feela joalokaha ba neng ba le likampong tsa mahloriso le bona ba ile ba emela ho lopolloa.”
Lipaki li ne li boetse li tšoaroa ka lebaka la boboleli le ho hana ho vouta. Barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba ngola tjena ka 1947: “Re bona eka ba boholong Russia ha ba tsebe se hlahelang baena le bo-khaitseli, empa ha baa ikemisetsa ho ba bolaea. Ho hlokahala hore [ba boholong] ba hlalosetsoe lintlha tseo ba lokelang ho li tseba ba be ba behoe leseling.”
HO ETSOA BOITEKO BA HO NGOLISA LIPAKI
Ka mor’a nakoana, ofisi ea lekala ea Poland e ile ea etsa tlhahiso ea hore barab’abo rōna ba babeli ba Marussia hammoho le ’muelli e mong oa molao eo e leng khale a li bona, ba hlophise litokomane tse hlokahalang e le hore ho ngolisoe mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova Soviet Union. Lengolo le leng le tsoang Poland le neng le ea ho barab’abo rōna ba Russia le ile la re: “Batho ba lokela ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso libakeng tsohle, ho akarelletsa le Russia. (Mareka 13:10)” Lengolo leo le ile la qetella ka mantsoe a reng: “Le se ke la fela pelo. Jehova o tla fetola meokho ea lōna mehoo ea thabo.—Pesaleme ea 126:2-6.”
Ka August 1949, Mykola Pyatokha, Mykhailo Chumak le Ilya Babijchuk ba ile ba kenya kōpo ea ho ngolisoa ka molao. ’Muso o ile oa lumela hore o tla amohela Lipaki Tsa Jehova ka molao feela tlas’a maemo a itseng. Maemo ao a ne a akarelletsa hore barab’abo rōna ba fane ka mabitso ’ohle a Lipaki Tsa Jehova tse lulang Soviet Union. Barab’abo rōna ba ne ba ke ke ba lumela ho etsa joalo. Le hoja mosebetsi o ne o ntse o tsoela pele ’me bahoeletsi ba ntse ba eketseha kamehla, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba ntse ba kenngoa chankaneng.
‘JEHOVA EO OA HAO A KE KE A U LOKOLLA MONA’
Ha Pyotr Krivokulsky a hopola se ileng sa etsahala lehlabuleng la 1945, o re: “Ka mor’a hore barab’abo rōna ba qosoe, ba ne ba isoa likampong tse fapa-fapaneng. Kampong eo ke neng ke koaletsoe ho eona, batšoaruoa ba bangata ba ne ba bontša hore ruri ba thahasella ’nete. Motšoaruoa e mong eo e neng e le moruti, o ile a lemoha kapele-pele hore seo a se utloileng ke ’nete, eaba o ema ka lehlakoreng la Jehova.
“Leha ho le joalo, maemo a ne a hlobaetsa. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka koalloa ka seleng e nyenyane hoo ke neng ke sitoa le ho ema ka har’a eona. E ne e bitsoa ntlo ea litšitšili hobane e ne e tletse litšitšili tse ngata hoo li neng li ka ’na tsa monya mali ’ohle a motho. Lepolesa le leng le hlahlobang le ile la ema ka pel’a sele eo, eaba le re: ‘Jehova eo oa hao a ke ke a u lokolla mona.’ Lijo tseo ke neng ke li fuoa letsatsi le leng le le leng e ne e le ligrama tse 300 tsa bohobe le kopi ea metsi. Ho ne ho se na moea ka moo, kahoo ke ne ke itšetleha ka lemati le lenyenyane ebe ke hema moea o kenang le letlereng le lesesaane haholo. Ke ne ke utloa ha litšitšili li ntse li ’monya mali. Matsatsing ao a leshome ao ke a qetileng ke le ka ntlong ea litšitšili, ke ile ka kōpa Jehova ka makhetlo-khetlo hore a mphe matla a ho mamella. (Jer. 15:15) Eitse ha ba mpulela monyako, eaba kea akheha, ’me ha ke re phapha! ka iphumana ke se ke le ka seleng e ’ngoe.
“Ka mor’a moo, lekhotla la kampo ea mosebetsi o boima le ile la nkahlolela ho hlola lilemo tse leshome kampong e lebetsoeng le e sirelelitsoeng ka ho fetisisa kahobane le ne le re ke ‘fehla merusu ebile ke jala mashano ka ba boholong Soviet Union.’ Ha motho a le kampong eo, o ne a sa khone ho romela mangolo kapa ho a fumana. Boholo ba batšoaruoa ba moo e ne e le ba ahloletsoeng litlōlo tsa molao tse mabifi, tse kang polao. Ke ile ka bolelloa hore haeba ke sa latole tumelo ea ka, batho bao ba ne ba tla nketsa eng kapa eng eo ho thoeng ba nketse eona. Ke ne ke le boima ba lik’hilograma tse 36 feela ke bile ke sa khone ho tsamaea. Empa esita leha ke ntse le kampong eo, ke ile ka khona ho fumana batho ba tšepahalang ba neng ba labalabela ho utloa ’nete.
“Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke paqame tlas’a lihlahla ke ntse ke rapela, monna-moholo e mong o ile a tla ho ’na. O ile a re, ‘Ho tlile joang hore u qetelle u le maqakabetsing a tjee?’ Eitse ha a utloa hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, eaba o lula fatše, o nkopa ka matsoho o bile oa nkaka. Eaba o re ho ’na: ‘Ngoan’a ka, e se e le nako e telele ke ntse ke batla ho ithuta Bibele! Na u ka khona ho nthuta eona?’ Ke ile ka thaba hoo ke neng ke sa tsebe hore na ke etse’ng. Ke ne ke rokeletse likhechana tse seng kae tsa khale tsa mangolo a Bibele a Likosepele liaparong tsa ka tse malabulabu, kahoo kapele-pele ke ile ka li ntša. O ile a seka meokho. Re ile ra qoqa nako e telele mantsiboeeng ao. O ile a mpolella hore o sebetsa holong ea ho jela e kampong eo a ba a re o tla mpha lijo. Kahoo re ile ra ba metsoalle. O ile a hōla moeeng, le ’na ka matlafala ’meleng. Ke ne ke kholisehile hore ke Jehova ea entseng tokisetso ena. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, o ile a lokolloa eaba ’na ke isoa kampong e ’ngoe Lebatooeng la Gorki.
“Moo maemo a ne a se mabe hakaalo. Empa ho ileng ha nthabisa le ho feta ke hore ke ne ke khannela batšoaruoa ba bane lithuto tsa Bibele. Ka 1952 batsamaisi ba kampo eo ba ile ba fumana hore re na le lingoliloeng. Ha ba ntse ba re hloma lipotso pele ho nyeoe, ba ile ba nkenya ka lebokoseng leo ho lona ho sa keneng moea ho hang ’me ha ke qala ho bipetsana, ba ne ba bula lebokose leo hore ke heme ho se hokae ebe ba le koala hape. Ba ne ba batla hore ke latole tumelo ea ka. Kaofela ha rōna re ile ra fumanoa re le molato. Ha ho lihuoa kahlolo ea rōna, ha ho le ea mong oa batho bao ke neng ke ithuta Bibele le bona ea ileng a tšoha. Seo se ile sa nthabisa haholo! Ka bone ba bona ba ile ba ahloleloa ho hlola lilemo tse 25 likampong tsa mosebetsi o boima. Ke ile ka fuoa kahlolo e boima ho feta moo, empa ba ile ba e fetola ’me ba nkahlolela ho hlola lilemo tse ling tse 25 kampong e lebetsoeng le e sirelelitsoeng ka ho fetisisa ba ba ba nkahlolela hore ke qete lilemo tse ling tse 10 ke lelekiloe haeso. Ha re tsoa ka kamoreng eo, re ile ra khefutsa eaba re leboha Jehova ha a re tšehelitse. Balebeli ba ne ba hloletsoe, ba ipotsa hore na re thabetse’ng. Re ile ra aroloa eaba re isoa likampong tse sa tšoaneng. ’Na ke ile ka isoa kampong e lebetsoeng le e sirelelitsoeng ka ho fetisisa Vorkuta.”
BA ILE BA PHOLOSOA KE HO SE NKE LEHLAKORE KAHOBANE E LE BAKRESTE
Bophelo ba likampong bo ne bo le thata. Batšoaruoa ba bangata bao e seng Lipaki ba ne ba ipolaea. Ivan Krylov o re: “Ka mor’a hore ke lokolloe kampong e ’ngoe e lebetsoeng le e sirelelitsoeng ka ho fetisisa, ke ile ka etela merafong e sa tšoaneng ea mashala moo bara le barali babo rōna ba neng ba qobelloa ho etsa mosebetsi o boima. Ke ile ka kopana le bona ’me mang kapa mang ea neng a ile a khona ho kopitsa limakasine tsa rōna ka letsoho o ne a li fetisetsa ho ba bang. Lipaki li ne li bolela litaba tse molemo kampong e ’ngoe le e ’ngoe ’me batho ba bangata ba ne ba bontša hore ba thahasella molaetsa. Ka mor’a hore ba lokolloe, ba bang ba bona ba ile ba kolobetsoa Nōkeng ea Vorkuta.
“Tumelo ea rōna ho Jehova le ’Musong oa hae e ne e lula e lekoa. Ka 1948, batšoaruoa ba bang ba neng ba le kampong e ’ngoe Vorkuta ba ile ba etsa ’momori oa ho fetohela ba boholong. Marabele ao a ne a ile a bolella batšoaruoa ba bang hore ’momori oo o ne o tla atleha haholo haeba ba ne ba ka ikarola ka lihlopha, ebang ke ka lichaba tsa habo bona kapa ka bolumeli ba bona. Ka nako eo ho ne ho e-na le Lipaki tse 15 kampong eo. Re ile ra bolella marabele ao hore rōna Lipaki Tsa Jehova re Bakreste ebile re ke ke ra kenya letsoho linthong tse joalo. Re ile ra hlalosa hore Bakreste ba pele ha baa ka ba kenya letsoho mererong ea ho fetohela Baroma. Ho hlakile hore taba ena e ile ea makatsa batho ba bangata, empa re ile ra ema re tiile.”
Litholoana tsa bofetoheli boo e ile ea e-ba tse bohloko. Masole a hlometseng a ile a hlōla marabele ao ’me a a isa matlong a mang a batšoaruoa. Eaba a fafatsa matlo ao ka peterole ’me aa a chesa. Hoo e ka bang bohle ba neng ba le ka moo ba ile ba shoa. Masole ao ha aa ka a ntša barab’abo rōna kotsi.
Ivan o tsoela pele ho re: “Ka December 1948, ke ile ka kopana le barab’abo rōna ba robeli kampong e ’ngoe ba neng ba ahloletsoe ho hlola lilemo tse 25 chankaneng. Ho ne ho bata habohloko mariheng ao ’me mosebetsi oa merafong o le boima. Leha ho le joalo, ha ke sheba bara bao babo rōna mahlong ke ile ka bona ba le sebete ba bile ba bontša hore ba tšepile Jehova ka ho feletseng. Esita le batšoaruoa bao e neng e se Lipaki Tsa Jehova ba ile ba matlafala ha ba bona sebete sa bona.”
BA ILE BA LELEKELOA SIBERIA
Ho sa tsotellehe khanyetso e sehlōhō ea ba boholong, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova ka cheseho. Sena se ile sa halefisa ’muso oa Moscow, haholo-holo mokhatlo oa KGB. Lengolo la la 19 February, 1951, le tsoang mokhatlong oa KGB le eang ho Stalin le ne le re: “Ho thibela liketso leha e le life tsa sekhukhu tsa Majehova tse khahlanong le ’muso oa Masoviet, MGB [e leng Lekala la Tšireletso la Naha, leo hamorao le ileng la bitsoa KGB] ea USSR, e bona ho hlokahala hore e lelekele ba tsejoang e le Majehova le malapa a bona lebatooeng la Irkutsk le la Tomsk.” Mokhatlo oa KGB o ne o tseba Lipaki ’me o ile oa kōpa Stalin hore a o lumelle hore o leleke batho ba 8 576 lirephabliking tse tšeletseng tsa Soviet Union o ba ise Siberia. Stalin o ile a o lumella hore o etse joalo.
Ha Magdalina Beloshitskaya a hopola se ileng sa etsahala, o re: “Ka Sontaha sa la 8 April, 1951, re ile ra tsosoa ke lerata la batho ba kokotang monyako ka hora ea bobeli hoseng. ’Mè o ile a raoha ’me a mathela monyako. Eaba re bona lepolesa le se le eme monyako. Le ile la re, ‘Le lelekeloa Siberia ka lebaka la hore le lumela ho Molimo. Re le fa lihora tse peli hore le phuthe lintho tsa lōna. Le ka nka ntho leha e le efe e teng ka mona. Leha ho le joalo, ha lea lumelloa ho nka lijo-thollo le phofo. Hape ha lea lumelloa ho nka thepa ea ntlo, lintho tse entsoeng ka lepolanka le mechine ea ho rōka. Ha ho letho leo le lumeletsoeng ho le nka jareteng. Nkang lintho tseo le robalang ka tsona, liphahlo le mekotla ’me le tsoe.’
“Pejana ha re ntse re bala lingoliloeng tsa rōna, re ile ra fumana hore ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa likarolong tse ka bochabela tsa naha. Joale re ile ra utloisisa hore e ne e le nako ea ho etsa mosebetsi oo.
“Ha ho le ea mong oa rōna ea ileng a lla. Lepolesa leo le ile la makala ’me la re, ‘Hao! Ha le lle le ho lla!’ Re ile ra le bolella hore haesale re ntse re lebeletse sena ho tloha ka 1948. Re ile ra kōpa ho nka bonyane khōhō e le ’ngoe e phelang e le mofaho, empa lepolesa leo le ile la hana. Eaba mapolesa a arolelana likhōhō tsa rōna, a li abelana re ntse re a shebile—le leng la nka tse hlano, le leng tse tšeletseng ha le leng le ile la fumana tse tharo kapa tse ’nè. Eitse ha ho setse tse peli feela ka hokong, eaba lepolesa leo le laela hore ba li hlabe ’me ba re fe tsona.
“Moralinyana oa ka ea likhoeli li robeli o ne a robetse betheng ea masea e entsoeng ka mapolanka. Re ile ra kōpa ho tsamaea le bethe eo, empa lepolesa leo le ile la laela hore e qhaqholloe. Eaba le re fa karolo e itseng feela eo ngoana a neng a ka robala ho eona.
“Kapele-pele baahelani ba rōna ba ile ba utloa hore rea lelekoa. E mong o ile a tlisa mokotlana o tšetseng lingoathoana tsa bohobe bo bakiloeng ’me eare ha kariki eo re e palameng e tsamaea, eaba o akhela mokotlana oo ka kariking. Eitse ha lesole le neng le re lebetse le bona seo eaba le lahla mokotlana oo. Re ne re tšeletse—e le ’na, ’Mè, likhaitseli tsa ka tse peli, monna oa ka le morali oa rōna ea likhoeli li robeli. Ha re se re tsoetse ka ntle ho motse, re ile ra kharamelletsoa ka koloing e re isang setsing moo litokomane tsa rōna li ileng tsa tlatsoa teng. Ka mor’a moo re ile ra isoa seteisheneng sa terene ka teraka.
“E ne e le Sontaha ’me le ile la tsoha le hlakile, le sele le bohoeng ba ntja. Ho ne ho tletse batho seteisheneng—ba bang e le ba lelekoang, ba bang e le ba tlil’o shebella. Teraka eo re neng re e palame e ile ea ema pel’a lekareche le neng le se le ntse le palamisitse barab’abo rōna. Ha terene e se e tletse, masole a ile a bitsa bohle ka lifane ho tiisa hore ba feletse. Ho ne ho e-na le batho ba 52 ka lekarecheng leo re neng re le palame. Pele re tsamaea, batho ba neng ba tlil’o re lakaletsa tsela-tšoeu ba ile ba qala ho lla le ho sisa pelo. Eo e ne e le ntho e hlollang hobane ba bang ba bona re ne re bile re sa ba tsebe. Empa ba ne ba tseba hore re Lipaki Tsa Jehova le hore re lelekeloa Siberia. Phala ea terene ea mashala e ile ea khabola. Eaba barab’abo rōna ba qala ho bina pina ea Seukraine e reng: ‘Lerato la Kreste le ke le be le lōna. Ha re tlotlisa Jesu Kreste, re tla boela re kopane ’Musong oa hae.’ Boholo ba rōna re ne re e-na le tšepo le tumelo e matla ea hore Jehova o ne a ke ke a re lahla. Re ile ra bina mela e ’maloa. Ketsahalo eo e ne e ama maikutlo hoo masole a mang a ileng a qala ho lla. Eaba terene e kena tseleng.”
“HO ILE HA ETSAHALA NTHO E NENG E SA LEBELLOA HO HANG”
Bukeng ea hae, Dr. N. S. Gordienko eo e leng moprofesa Univesithing ea Herzen e St. Petersburg, o ile a hlalosa hore na bahlorisi bao ba ile ba finyella eng. O ile a re: “Ho ile ha etsahala ntho e neng e sa lebelloa ho hang; ba ne ba batla ho thefula mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova USSR, empa ntho feela eo ba ileng ba e etsa ke ho o matlafatsa. Ha Lipaki Tsa Jehova li fihla libakeng tse ncha tsa bolulo moo ho neng ho se motho ea kileng a utloela ka bolumeli ba tsona, li ile tsa ‘tšoaetsa’ batho ba moo bolumeli ba tsona le botšepehi ba tsona.”
Lipaki tse ngata li ile tsa phakisa tsa tloaela makhulo. Ho ile ha thehoa liphutheho tse nyenyane ’me ha ajoa tšimo. Nikolai Kalibaba o re: “Ka nako e ’ngoe re ne re bolela ka ntlo le ntlo Siberia kapa ha ke toba taba, re ne re kena ntlong ea pele ’me re tlōle matlo a mabeli a mararo ebe re kena ho e latelang. Empa ho ne ho le kotsi ho etsa joalo. Re ne re khona joang? Ha re ne re etetse motho ka lekhetlo la pele, re ne re leka ho etsa leeto la ho boela ka mor’a khoeli. Re ne re qala ka ho re ho batho, ‘Na ebe le rekisa likhōhō, lipōli kapa likhomo?’ Ebe hanyane ka hanyane re qala ho bua le bona ka ’Muso. Ka mor’a nako, mokhatlo oa KGB o ile oa tseba hore re sebelisa mokhoa oo, eaba kapele-pele ho hatisoa sehlooho se seng koranteng se lemosang baahi ba moo hore ba se ke ba bua le Lipaki Tsa Jehova. Sehlooho seo se ile sa re Lipaki li ne li kena ntlo le ntlo li botsa batho ba hore na ha ba rekise lipōli, likhomo le likhōhō—empa seo re neng re hlile re se batla ke linku!”
Gavriil Livy o re: “Barab’abo rōna ba ne ba leka ho kopanela tšebeletsong le hoja ma-KGB a ne a ba behile leihlo ka thata. Ka tloaelo ha batho ba Soviet Union ba ne ba belaella hore motho o leka ho bua le bona ka litaba tsa bolumeli, hang-hang ba ne ba hlabela mapolesa mokhosi. Ho sa tsotellehe mathata ao, re ile ra tsoela pele ho bolela litaba tse molemo le hoja qalong ho ne ho bonahala eka re hamela letanteng. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, ’nete e ile ea qala ho fetola ba bang ba batho ba moo. E mong oa bona e ne e le monna e mong oa Lerussia ea neng a noa ho fihlela a phunkhane. Ha a ithuta ’nete, o ile a fetola bophelo ba hae hore bo lumellane le melao-motheo ea Bibele ’me ea e-ba Paki e mafolofolo. Hamorao le-KGB le leng le ile la mo bitsa eaba le re ho eena: ‘Hantle-ntle ke bo-mang bano bao u qetang nako u e-na le bona? Lipaki tseno kaofela ke Maukraine.’
“Mora eo oabo rōna o ile a araba ka ho re: ‘U ne u se na taba le ’na ha ke ntse ke le letahoa, ke pitika likotopong. Joale ha ke se ke tšoana le batho ba bang ke bile ke le moahi ea itlhomphang, u nyatsa seo ke se etsang. Maukraine a mangata aa tloha Siberia, empa ha a tsamaea a tla siea Masiberia ao Molimo a a rutang tsela ea ho phela.’”
Ka mor’a lilemo tse ’maloa, e mong oa ba boholong Irkutsk o ile a ngola lengolo le eang Moscow le reng: “Batho ba bangata ba sebetsang mona ba itse [Lipaki tsena Tsa Jehova] kaofela li lokela ho isoa sebakeng se seng ka leboea moo li ke keng tsa kopana le batho ba bang le moo li tla rutoa bocha.” Ba boholong Siberia le Moscow ba ne ba sa tsebe hore na ba ka thiba Lipaki Tsa Jehova joang.
“RE KA BE RE LE THUNTSE KAOFELA”
Mathoasong a 1957, ba boholong ba ile ba qala letšolo le lecha khahlanong le Lipaki Tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ne ba lula ba setsoe morao ’me matlo a bona a phenyekolloa. Ha Viktor Gutshmidt a hopola se kileng sa etsahala, o re: “Ka letsatsi le leng ha ke tsoa tšebeletsong ea tšimo, ke ile ka fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leakane ka tlung. Ma-KGB a ne a batla lingoliloeng. A ile a ntšoara a ba a ntlhoma lipotso ka likhoeli tse peli. Morali oa rōna e monyenyane ea bitsoang Yulia o ne a le likhoeli li 11 ’me e moholo a le lilemo li peli.
“Ha ho ntse ho etsoa lipatlisiso, lefokisi le ile la re ho ’na, ‘Ha u Lejeremane?’ Ka nako eo batho ba bangata ba ne ba nka ‘Majeremane’ e le ‘Mafasista.’ Ba ne ba hloile Majeremane.
“Ke ile ka re: ‘Ha ke na moea oa bochaba, empa haeba u bua ka Majeremane ao Manazi a neng a a koaletse likampong tsa mahloriso, ao ’ona ke motlotlo ka ’ona! A ne a bitsoa Bibelforscher ’me hona joale a se a bitsoa Lipaki Tsa Jehova. Ke motlotlo hore ebe ha ho Paki le e ’ngoe e kileng ea thunya motho ka morathatha kapa ka kanono. Ha e le Majeremane ao ’ona, ke ikotla sefuba ka ’ona!’
“Lefokisi leo le ile la thōla, eaba ke tsoela pele ho re: ‘Ke kholisehile hore ha ho le ea mong oa Lipaki Tsa Jehova ea ileng a kenya letsoho bofetoheling kapa merusung efe kapa efe. Lipaki Tsa Jehova ha li khaotse ho rapela Molimo esita leha mosebetsi oa tsona o thibetsoe. Leha ho le joalo, Lipaki li ikokobelletsa babusi ba behiloeng ka molao ebile lia ba hlompha hafeela melao ea bona e sa hohlane le melao e phahameng ea ’Mōpi oa rōna.’
“Lefokisi leo le ile la nkena hanong eaba le re: ‘Ha ho sehlopha leha e le sefe seo re kileng ra se hlahlobisisa ka hloko joaloka Lipaki le mosebetsi oa tsona. Haeba litlalehong tsa rōna ho ne ho e-na le ntho leha e le efe e mpe mabapi le lōna, esita le haeba ho ne ho ka thoe le tšolotse lerotholinyana feela la mali, re ka be re le thuntse kaofela.’
“Eaba ke tleloa ke monahano o reng: ‘Barab’abo rōna ba sebeletsa Jehova ka sebete lefatšeng lohle ’me mohlala oa bona ke oona o re pholositseng mona Soviet Union. Kahoo, mohlomong ka ho sebeletsa Molimo mona re ka thusa barab’abo rōna ba libakeng tse ling ka tsela e itseng.’ Monahano oo o ile oa ’matlafatsa le ho feta hore ke khomarele litsela tsa Jehova.”
LIPAKI TSE NENG LI LE LIKAMPONG TSE FETANG 50
Taba ea hore Lipaki Tsa Jehova li ne li sa nke lehlakore li bile li bolela litaba tse molemo ka cheseho Soviet Union e ile ea halefisa ’muso le ho feta. (Mar.13:10; Joh.17:16) Hangata qeto eo barab’abo rōna ba neng ba e etsa litabeng tsa mofuta ona e ne e fella ka hore ba ahloloe ka leeme ’me ba qete nako e telele chankaneng.
Ho tloha ka June 1956 ho fihlela ka February 1957, ho ile ha tšoaroa likopano tse 199 lefatšeng ka bophara ’me ka ntsoe-leng batho ba 462 936 ba neng ba le teng ho tsona, ba ile ba lumellana le boipiletso bo ngotsoeng eaba mangolo ao a boipiletso a romeloa Moscow, Lekhotleng la Matona a Soviet Union. Har’a tse ling, boipiletso boo bo ne bo re: “Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse koaletsoeng likampong tse fetang 50 ho tloha karolong ea Russia e oelang Europe ho ea fihla Siberia ho leba leboea Leoatleng la Arctic, esita le sehlekehlekeng sa Novaya Zemlya se Leoatleng la Arctic . . . Amerika le linaheng tse ling tsa bophirimela, ho ’nile ha thoe Lipaki Tsa Jehova ke Makomonisi athe linaheng tse busoang ke Makomonisi teng ho ’nile ha thoe ke batšehetsi ba puso ea bohatelli ea Amerika . . . Mebuso ea bokomonisi e ’nile ea li qosa ka hore ke ‘lihloela tsa ’muso oa bohatelli oa Amerika’ ea ba ea li ahlolela ho qeta lilemo tse ka bang 20 chankaneng. Empa ha ho mohla li kileng tsa kenya letsoho liketsong leha e le life tsa ho ketola ’muso.” Ka masoabi, boipiletso boo ha boa ka ba ntlafatsa boemo ba Lipaki Tsa Jehova Soviet Union.
Batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ba ne ba fumana ho le thata haholo ho hōlisa bana Russia. Vladimir Sosnin oa Moscow, ea ileng a hōlisa bara ba bararo nakong eo, o re: “Ba ne ba qobelloa ho kena likolo tsa Masoviet. Matichere le barutoana ba bang ba ne ba hatella bana ba rōna hore ba kene mekhatlong e tšehetsang likhopolo tsa Bokomonisi. Re ne re batla hore bana ba rōna ba fumane thuto e hlokahalang re bile re ba thusa ka lithuto tsa bona. Ho ne ho se bonolo hore rōna re le batsoali re rute bana ba rōna ho rata Jehova ho tsoa pelong. Likolo li ne li tletse likhopolo tse khothalletsang bososhiale le Bokomonisi. Ho ne ho hlokahala hore rōna batsoali re be le mamello e khōlō ’me re se ke ra fela pelo.”
BA QOSOA KA HO KHAOLA MORALI OA BONA TSEBE
Semyon le Daria Kostylyev ba ile ba hōlisetsa bana ba bararo Siberia. Semyon o re: “Mehleng eo Lipaki Tsa Jehova li ne li nkoa e le batho ba fetelletsang litaba. Morali oa rōna oa bobeli ea bitsoang Alla o ile a qala ho kena sekolo ka 1961. Ka letsatsi le leng ha Alla a ntse a bapala le bana ba bang, e mong oa bona o ile a mo lematsa tsebeng a sa hlokomele. Letsatsing le hlahlamang, ha tichere ea hae e mo botsa hore na ho etsahetse’ng, Alla o ile a thōla kahobane a ne a sa batle ho tlaleha ngoana eo ea neng a le sehlopheng se le seng le eena. Tichere eo e ne e tseba hore batsoali ba Alla ke Lipaki, kahoo e ile ea etsa qeto ea hore rea mo shapa ebile re mo qobella hore a phele ka melao-motheo ea Bibele. Sekolo se ile sa tlaleha taba ena ofising ea mochochisi. K’hamphani eo ke neng ke e sebeletsa le eona e ile ea kenella. Ho ile ha etsoa lipatlisiso ka nako e ka etsang selemo ho fihlela qetellong ha re fumana samane e reng re tle nyeoeng ka October 1962.
“Libeke tse peli pele ho nyeoe, ho ile ha manehoa tsebiso Mohahong oa Litaba Tsa Setso e reng, ‘Nyeoe ea lequloana le kotsi la Majehova e tla qala haufinyane.’ ’Na le mosali oa ka re ne re qosoa ka hore re hōlisa bana ba rōna ka Bibele. Re ne re boetse re qosoa ka hore re sehlōhō. Lekhotla le ile la re re ile ra qobella morali oa rōna hore a rapele la ba la re re mo khaotse tsebe ka nkho ea metsi! Alla e ne e le eena feela ea ka pakang se etsahetseng, empa ba ne ba mo isitse lehaeng la likhutsana motseng oa Kirensk o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 700 ka leboea ho motse oa Irkutsk, moo re neng re lula teng.
“Holo e ne e tletse bacha ba mokhatlo oa baitseki. Eitse ha lekhotla le khefutsa ho ea tšoara lipuisano, eaba letšoele le etsa morusu. Ba ile ba re sutumetsa, ba re rohaka ’me e mong oa bona a ba a re re hlobole liphahlo tsa ‘Masoviet’ tseo re li apereng. Kaofela ha bona ba ile ba hoeletsa ba re re bolaoe ’me ho ne ho bile ho e-na le ea batlang ho re bolaela hona moo. Letšoele le ile la befa le ho feta, empa baahloli ha baa ka ba hlaha. Lipuisano li ile tsa nka hora. Eitse ha letšoele le re rutlolohela, eaba morali e mong oabo rōna hammoho le monna oa hae ea sa lumelang ba kena pakeng tsa rōna le lona, ba le kōpa hore le re tlohele. Ha e le hantle matsapa a banyalani bana a ho hlalosa hore lintho tseo re qosoang ka tsona hase ’nete ke ’ona a ileng a re ntša litleneng tsa tau.
“Qetellong, moahloli o ile a khutla a e-na le baeletsi ba lekhotla eaba o re balla kahlolo ea rōna: re ne re amohiloe litokelo tsa botsoali. Ke ile ka tšoaroa eaba ke isoa kampong ea mosebetsi o boima ka lilemo tse peli. Morali oa rōna e moholo le eena o ile a isoa lehaeng la likhutsana ka mor’a hore a bolelloe hore batsoali ba hae ke litho tsa lequloana le kotsi le hore ba tla mo ruta mekhoa e mebe ha a ntse a hōla.
“Mora oa rōna o ile a siuoa le Daria, kaha o ne a le lilemo li tharo feela. Ke ile ka khutlela hae ha ke qeta kahlolo ea ka. Joaloka pele, re ne re ka paka feela ka tsela e sa reroang.”
“RE NE RE LE MOTLOTLO KA BANA BA RŌNA”
“Ha Alla a le lilemo li 13, o ile a tloha lehaeng la likhutsana a tla lula le rōna lapeng. Re ile ra thaba hakaakang ha a inehela ho Jehova a bile a kolobetsoa ka 1969! Hoo e ka bang hona nakong eo, ho ile ha fanoa ka letoto la lipuo tse buang ka bolumeli Mohahong oa Litaba Tsa Setso motseng oa habo rōna. Re ile ra etsa qeto ea hore re ke re e’o utloa hore na lekhetlong lena ba tla re’ng. Joaloka mehleng, sehlopha seo ho neng ho buuoa haholo-holo ka sona ke Lipaki Tsa Jehova. Se seng sa libui se ile sa phahamisa Molula-Qhooa eaba se re, ‘Ena ke eona makasine e kotsi e bileng e khaohanyang Naha ea habo rōna.’ Eaba se fana ka mohlala ona: ‘Litho tsa lequloana lena li qobella bana ba tsona ho bala limakasine tsena le ho rapela. Lelapeng le leng, ngoananyana e mong o ne a sa batle ho bala makasine ena, eaba ntat’ae o mo khaola tsebe.’ Alla o ile a makala, kaha o ne a lutse moo a mametse puo a ntse a e-na le litsebe tse peli. Leha ho le joalo, ha aa ka a re letho kahobane a ne a tšaba hore o tla arohanngoa le batsoali ba hae hape.
“Ha mora oa rōna Boris a le lilemo li 13, o ile a inehela ho Jehova a ba a kolobetsoa. Ka lekhetlo le leng o ne a ntse a paka seterateng a e-na le lithaka tsa hae tsa Lipaki, le hoja mosebetsi oa rōna o ne o ntse o thibetsoe. Ba ne ba sa nka Bibele kapa lingoliloeng tse buang ka Bibele. Ka tšohanyetso koloi e ’ngoe e ile ea fihla ea re khekhenene pel’a bona, eaba bashemane bao kaofela ba isoa seteisheneng sa sesole. Masole ao a ile a ba hloma lipotso a ba a ba secha, empa ha aa ka a fumana letho haese pampiri e ngotsoeng litemana tse seng kae tsa Bibele. Eaba a lokolla bashemane bao hore ba ee hae. Boris o ile a fihla lapeng a le motlotlo ’me a re phetela kamoo eena le bara ba bang babo ba hlorisitsoeng kateng ka lebaka la lebitso la Jehova. Re ne re le motlotlo ka bana ba rōna, kaha Jehova o ne a ba tšehelitse nakong ea teko. Ka mor’a moo, ’na le Daria re ile ra bitsoa hangata ke ma-KGB. Lepolesa le leng le ile la re: ‘Bana bana ba lokela ho isoa teronkong ea bana. Ka bomalimabe ha ba e-s’o be lilemo li 14.’ Re ile ra lefisoa ka lebaka la boboleli ba mora oa rōna.
“Kajeno ke lula le mora oa ka le litloholo tsa ka ’me kaofela ha bona ba tsamaea ’neteng. Morali oa ka e moholo o lula Uzbekistan ’me le hoja a e-s’o qale ho sebeletsa Jehova, oa re hlompha ebile o hlompha Bibele ’me o atisa ho re chakela. Daria o ile a hlokahala ka 2001, a sebelelitse Jehova ka botšepehi ho isa qetellong. Ha ke sa ntse ke e-na le matla, ke tsamaea le phutheho ho ea paka libakeng tse hōle, ho ea batla batho ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’ (Lik. 13:48) Ke lumela hore haufinyane Jehova o tla phethahatsa takatso ea e mong le e mong oa rōna, joalokaha Esaia 65:23 e bolela.”
BATSOALI BA BEHA MOHLALA O MOTLE
Vladislav Apanyuk o sebeletsa Bethele ea Russia. Ha a hopola kamoo ho tloha bongoaneng batsoali ba hae ba ileng ba mo ruta ho rata Molimo kateng, le kamoo ba ileng ba ruta banab’abo ho rata Molimo kateng, o re: “Batsoali ba rōna ba ile ba lelekoa Ukraine ba isoa Siberia ka 1951. Ba ile ba re ruta ho iketsetsa liqeto ha re ntse re leka ho thabisa Jehova. Seo ke neng ke se rata ka ho fetisisa ke hore kamehla batsoali ba rōna ba ne ba sa hlajoe ke lihlong ho re bolella mefokolo ea bona le hoja re ne re le bana. Ba ne ba sa pate liphoso tsa bona. Ho ne ho hlakile hore ba rata Jehova haholo. Hangata batsoali ba rōna ba ne ba lula ba thabile, haholo-holo ha ba buisana le rōna ka litaba tsa moea. Re ne re bona hore ruri ba rata ho thuisa le ho bua ka Jehova. Seo se ile sa re susumelletsa hore le rōna re thuise ka linnete tse mabapi le Jehova. Re ne re inahanela hore na batho ba tla phela joang lefatšeng le lecha ha lintho tsohle li se li khutletse malulong ’me ho kula kapa lintoa li se li le sieo.
“Ha ke le sehlopheng sa boraro, sehlopha sa rōna kaofela se ile sa memeloa hore se kene mokhatlong oa bacha ba Masoviet o bitsoang Masupa-tsela. Bana ba bangata ba Soviet Union ba ne ba le motlotlo haholo ka ho kena mokhatlong oa Masupa-tsela. Lena e ne e le lona letsatsi leo esale bana ba sehlopha sa heso ba ntse ba le emetse. E mong le e mong oa rōna o ne a lokela ho ngola boitlamo ba hore o ikemiselitse ho kena mokhatlong oa Masoviet oa Masupa-tsela, ao e neng e le tsona litšiea tsa ka moso tsa Bokomonisi. Ke ile ka hana. Ka lebaka leo, tichere e ile ea mpha kotlo ea hore ke se ke ka tsoa ka tlelaseng. E ile ea re: ‘U ke ke ua tsoa ka mona ho fihlela u ngotse boitlamo boo.’ Ka mor’a lihoranyana tse seng kae, bana ba bang ba sehlopha sa heso ba ile ba kokota fensetereng ba re ke tsoe re e’o bapala. Ke ile ka lula ka tlelaseng ke ikemiselitse hore ha ho letho leo ke tla le ngola. Mantsiboea tichere e ’ngoe e ile ea tla. Ke eona e ileng ea ba ea ntokolla hore ke ee hae ha e mpona ke lutse ka tlelaseng. Ena e ne e le eona teko ea pele eo ke ileng ka e hlōla. Ke ne ke le motlotlo hore ebe ke entse ho hong ho neng ho tla thabisa pelo ea Jehova. (Liprov. 27:11) Ha ke fihla hae, ke ile ka bolella batsoali ba ka sohle se etsahetseng. Ba ile ba thaba ’me Ntate a re, ‘U entse hantle haholo mor’a ka!’”
O ILE A RE BIBELE E KHAHLANONG LE MASOVIET
Ka linako tse ling barab’abo rōna ba ne ba qosetsoa feela ho ba le Bibele. Nadezhda Vishnyak o re: “’Na le monna oa ka re ne re e-s’o be Lipaki Tsa Jehova, empa ’nete e ne e amme lipelo tsa rōna ka ho teba. Ka lekhetlo le leng, mapolesa a ile a tla ho ’na ha ke le mosebetsing ’me a tsamaea le ’na ke ntse ke apere liaparo tsa mosebetsi. Monna oa ka Pyotr le eena o ile a tšoaroa ha a ntse a le mosebetsing. Pele tsena kaofela li etsahala, mapolesa a ne a ile a phenyekolla ntlo ea rōna ’me a fumana Bibele le bukana e reng After Armageddon—God’s New World. Pyotr o ne a nahana hore ba ke ke ba ntšoara kaha ke ne ke e-na le likhoeli tse supileng ke le moimana.
“Re ile ra qosoa ka hore re khahlanong le ba boholong Soviet Union. Empa ra ba bolella hore re lumela seo Bibele e se buang, kaha e na le matla a ka holimo ho a ’muso oa Soviet Union.
“Ke ile ka re: ‘Bibele ke Lentsoe la Molimo, ke ka hona re batlang ho phela ka melao-motheo ea eona.’
“Ha nako ea nyeoe ea rōna e fihla, ho ne ho se ho setse libeke tse peli feela pele ke pepa. Ha nyeoe e ntse e tsoela pele, ka makhetlo a ’maloa moahloli o ile a mpha sebaka sa hore ke e’o otlolla maoto ka ntle ke lebetsoe ke lesole le hlometseng. Ka lekhetlo le leng ha ke ntse ke otlolla maoto joalo, le ile la mpotsa hore na ke entse’ng. Ke ile ka ba le monyetla o babatsehang oa ho le pakela.
“Moahloli o ile a re Bibele le lingoliloeng tseo ba re amohileng tsona li ‘khahlanong le Masoviet.’ Ke ile ka thaba ha ke utloa hore e ne e se ’na le monna oa ka feela ba neng ba qosoa ka hore re khahlanong le Masoviet empa lingoliloeng tsa rōna hammoho le Bibele ka boeona li ne li qosoa ka ntho e tšoanang. Re ile ra botsoa hore na re kopane kae le Lipaki Tsa Jehova. Ha re bolela hore re kopane le tsona kampong ea mosebetsi o boima Vorkuta, moahloli o ile a kharuma eaba o re, ‘Ak’u bone feela se etsahala’ng likampong tsa rōna!’ O ile a re re molato ’me ka bobeli ba rōna a re ahlolela ho hlola lilemo tse leshome likampong tsa mosebetsi o boima.
“Pyotr o ile a isoa kampong e ’ngoe Mordvinia, e Russia bohareng. ’Na ke ile ka koalloa ke le mong ka seleng. Ka March 1958, ke ile ka ba le ngoana oa moshanyana. Linakong tsena tse boima, Jehova e ne e le eena motsoalle oa ka e moholo ka ho fetisisa ebile e le eena mothusi oa ka. ’Mè o ile a nka mora oa rōna ’me a mo hlokomela. Ke ile ka isoa Kemerovo, Siberia, moo ke ileng ka koalloa kampong ea mosebetsi o boima.
“Ka mor’a lilemo tse robeli, ke ile ka lokolloa pele kahlolo ea ka e fela. Ke sa ntsane ke hopola ha re le matlong a batšoaruoa ha mosali e mong ea neng a re hlokometse a phatlalatsa hore ha ho mohla nkileng ka bua ntho e ‘khahlanong le Masoviet’ le hore lingoliloeng tsa rōna li bua ka bolumeli feela. Ke ile ka kolobetsoa ka 1966 ha ke qeta ho lokolloa.”
Libibele le lingoliloeng tsa Bibele e ne e le tsa bohlokoa haholo lichankaneng le likampong. Ka 1958 barab’abo rōna ba ne ba tšoara liboka kamehla kampong e ’ngoe Mordvinia. E le hore bahlokomeli ba kampo ba se ke ba ba tsometsa, ho ile ha khethoa barab’abo rōna ba seng bakae hore e be balebeli ha sehlopha se seng se ntse se ithuta Molula-Qhooa ’me ba eme moo ba ka khonang ho utloana ha e mong a bitsa e mong. Ha mohlokomeli a ne a hlaha, mor’abo rōna ea haufinyane o ne a re “oa tla” ho mor’abo rōna ea haufi ebe eo le eena o bolella e mong, joalo-joalo ho fihlela sehlopha se kopaneng se utloa. Bohle ba ne ba phasalla ’me ba pata makasine eo. Empa bahlokomeli ba ne ba atisa ho ba hlaha lesumatha.
Ka lekhetlo le leng ha barab’abo rōna ba ne ba tsomelitsoe, Boris Kryltsov o ile a rera ho etsa ntho e tla phelephanyetsa bahlokomeli e le hore makasine eo e khone ho patoa. O ile a phamola buka e ’ngoe eaba o mathela ka ntle ho matlo a batšoaruoa. Bahlokomeli ba ile ba mo lelekisa nako e telele, empa qetellong ha ba mo tšoara ba fumana hore buka eo a e nkileng ke ea Lenin. Le hoja a ile a ahloleloa ho qeta matsatsi a supileng a koaletsoe a le mong ka seleng, o ile a thabela hore ebe ha baa ka ba fumana makasine eo.
HO JALOA PEŌ EA ’NETE MOSCOW
Batho ba ileng ba qala ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso Moscow e ne e le sehlopha se senyenyane. E mong oa ba seng bakae ba ileng ba qala ho bolela litaba tse molemo ka cheseho motse-moholo oa naha eo e ne e le Boris Kryltsov. O re: “Ke ne ke le motsamaisi oa mosebetsi oa kaho. ’Na le sehlopha se seng sa bara le barali babo rōna re ne re leka ho paka ka mokhoa o sa reroang. Ha ma-KGB a hlokomela seo ke se etsang, a ile a phenyekolla folete ea ka ka April 1957 ’me a fumana lingoliloeng tsa Bibele, eaba hang-hang kea tšoaroa. Ha lefokisi le ntse le ntlhoma lipotso, le ile la mpolella hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba kotsi ka ho fetisisa ka har’a Naha. Le ile la re: ‘Ha re ka le lokolla, baahi ba bangata ba Soviet Union ba tla le sala morao. Ke ka lebaka leo re le nkang le le kotsi ka ho fetisisa Naheng ea habo rōna.’
“Ke ile ka re: ‘Bibele e re ruta hore re be baahi ba mamelang molao. Hape e re re ’ne re batle ’Muso oa Molimo le ho loka ha hae pele. Ha ho mohla Bakreste ba ’nete ba kileng ba leka ho inkela puso ka likhoka naheng efe kapa efe.’
“Lefokisi leo le ile la re: ‘Lingoliloeng tseo re li fumaneng ha re ntse re phenyekolla u li nkile kae?’
“Eaba ke re: ‘Phoso ea lingoliloeng tseo ke efe? Li bua ka boprofeta ba Bibele ebile ha ho moo li buang ka lipolotiki teng.’
“La nkaraba ka ho re: ‘Kea tseba, empa li hatisitsoe naheng e ’ngoe.’
“Qetellong ke ile ka koalloa chankaneng e ’ngoe e lebetsoeng le e sirelelitsoeng ka ho fetisisa motseng oa Vladimir. Ba ile ba mphenya-phenya ka hohle, empa ho makatsang ke hore ke ile ka khona ho kena ka kampong eo ke e-na le Melula-Qhooa e mene, e ngotsoeng ka letsoho pampiring e bobebe. Ho ne ho hlakile hore Jehova ke eena ea nthusitseng. Ha ke se ke le ka seleng, ke ile ka boela ka kopitsa limakasine tseo tse ’nè ka letsoho. Ke ne ke tseba hore ho na le Lipaki tse ling moo le hore li ne li se li qetile lilemo tse supileng li se na lijo tsa moea ho hang. Ke ile ka li neheletsa morali e mong oabo rōna ea neng a hloekisa litepisi hore a li fe Lipaki tseo.
“Ho ile ha fumaneha hore ho ne ho e-na le mpimpi har’a barab’abo rōna, e ileng ea bolella balebeli ba chankana hore ho na le motho ea ntseng a fetisetsa lingoliloeng tsa Bibele ho ba bang. Hang-hang ba ile ba qala ho phenya-phenya e mong le e mong ba ba ba nka lingoliloeng tsohle. Ka mor’a nakoana ba ile ba fihla ho ’na ’me ba fumana lingoliloeng materaseng a ka. Ke ile ka ahloleloa ho qeta matsatsi a 85 ke koaletsoe ke le mong ka seleng. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ’na a re hlokomela joaloka pele.”
HO ILE HA FANOA KA LIPUO TSE ILENG TSA THUSA BA BANG HORE BA ITHUTE ’NETE
Ho ile ha etsoa letšolo la ho fana ka lipuo tse hasang likhopolo tse khahlanong le Lipaki Tsa Jehova Soviet Union. Viktor Gutshmidt o re: “Ho ne ho e-na le libui tse etelang kampong ea rōna kamehla tse neng li fana ka lipuo tse buellang thuto ea hore ha ho na Molimo. Kamehla barab’abo rōna ba ne ba botsa lipotso. Ka linako tse ling libui tseo li ne li sitoa ho araba lipotso tse bonolo haholo. Hangata holo e ne e tlala tsoete! ’me bohle ba ne ba mamela ka hloko. Batho ba ne ba itlela ka ho rata hobane ba batla ho utloa hore na Lipaki Tsa Jehova li tla re’ng ha puo eo e fela.
“Ka lekhetlo le leng, kampo ea rōna e ile ea eteloa ke sebui seo e neng e kile ea e-ba moruti oa Kereke ea Orthodox ea Russia. Motho e mong le e mong o ne a tseba hore o lahlile bolumeli ba hae ha a ne a koaletsoe kampong eaba o qala ho tšehetsa thuto ea hore ha ho na Molimo.
“Ha puo eo e fela e mong oa barab’abo rōna o ile a re ho eena: ‘Na pele u ea chankaneng u ne u se u ntse u lumela hore ha ho na Molimo, kapa u qalile ho lumela thuto ee ka mor’a moo?’
“Eaba sebui seo se re: ‘Ak’u nahane ka ntlha ena. Motho o se a khutla sepakapakeng empa ha aa ka a bona Molimo moo.’
“Mora eo oabo rōna a re: ‘Na ha u ntse u le moruti u ne u hlile u nahana hore Molimo o shebile batho a le bohōle ba lik’hilomithara tse ka holimonyana ho 200 feela ho tloha lefatšeng?’ Sebui seo se ile sa thōla. Lipuisano tsena li ile tsa etsa hore batšoaruoa ba bangata ba nahane ka ho teba ’me ka mor’a moo, ba bang ba ile ba qala ho ithuta Bibele le rōna.
“Morali e mong oabo rōna o ile a kōpa ho bua ha a ntse a mametse e ’ngoe ea lipuo tsena. Eaba sebui se re: ‘Tsoela pele; e tlameha ebe u Paki ea Jehova.’
“Morali eo oabo rōna a re: ‘Ha u ne u ka bona motho a eme thoteng a ntse a hoeletsa a re, “Ke tla u bolaea!” empa ho se na motho moo, u ne u tla nahana’ng ka eena?’
“Eaba sebui seo se re: ‘Ke ne ke tla re ha a na kelello.’
“Morali’abo rōna a re: ‘Haeba ha ho na Molimo, ke hobane’ng ha batho ba loana le eena? Haeba ha a eo, joale ha ho motho eo le ka loanang le eena.’ Ke ha bamameli ba hasana ke litšeho.”
’MOLELI O TLA ’NE A KHUTLE
Ha e le hantle, lipuo tse buang ka likhopolo tsa Masoviet li ne li sa fanoe likampong feela. Li ne li hlophisetsoa ho ea fuoa sechaba haholo-holo metseng e meholo. Libui tseo e neng e le khale li li bona li ne li etela metse e meholo le e menyenyane, haholo-holo moo Lipaki li leng ngata, joaloka Vorkuta, Inta, Ukhta le Syktyvkar. Mor’abo rōna Gutshmidt o re: “Ka lekhetlo le leng ka 1957, sebui se seng se ile sa tla Mohahong oa Litaba Tsa Setso ho tla buisana le basebetsi ba merafong ea Inta, moo ho neng ho tlile batho ba 300. Se ile sa hlalosa lintho tseo Lipaki Tsa Jehova li li lumelang le hore na li etsa mosebetsi oa boboleli joang. Ka mor’a hore se hlalose hantle tsela eo re bolelang litaba tse molemo ka eona ’me se bontše hore na re beha molaetsa oa rōna joang maetong a ho boela a 15, se ile sa re: ‘Haeba u sa hane, ’moleli o tla ’ne a khutle. Haeba u ntse u sa hane ka mor’a hore a u etele lekhetlo la bobeli, o tla tla lekhetlo la boraro.’
“O ile a qeta lihora tse peli a ntse a hlalosa seo re se buang maetong a ho boela a tšeletseng, a bua ntho e ’ngoe le e ’ngoe hantle feela kamoo re e buang kateng, ’me mangolo ’ohle ao re a sebelisang o ne a a bala moo a a ngotseng teng. Ha ke ntse ke le kampong ea mosebetsi o boima ke ile ka fumana lengolo le tsoang ho mosali oa ka Polina leo ho lona a ileng a hlalosa hore barab’abo rōna ba neng ba mametse puo eo ba ne ba sa kholoe seo ba se utloang. Ka mor’a puo ena, koranta e ile ea bua lintho tse mpe ka Lipaki empa ea hlalosa ’Muso ka botlalo. Ho feta moo, puo eo kaofela e ile ea hasoa seea-le-moeeng. Ka lebaka leo, batho ba likete ba lulang motseng oo ba ile ba utloa hore na Lipaki Tsa Jehova li etsa mosebetsi oa boboleli joang le hore na molaetsa oa tsona o re’ng.
“Ka 1962 ho ile ha fihla sebui se seng se tsoang Moscow se ileng sa fana ka puo e buang ka Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a hore se tšohle histori ea tsona ea mehleng ea kajeno, se ile sa re: ‘Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho romeloa lidolara tse limilione Brooklyn e le monehelo oa boithatelo o tšehetsang mosebetsi oa Lipaki linaheng tse sa tšoaneng. Empa ha ho le ea mong oa baeta-pele ba tsona ea nang le ha e le oteropo ea liaparo feela. Ha ho phapang pakeng tsa motho ea hloekisang matlo le mopresidente, kaofela ha bona ba jella holong e le ’ngoe. Kaofela ba bitsana mor’eso le morali’eso, joalokaha le rōna re bitsana mak’homreiti.’
“Ka nakoana ho ile ha khutsa ha re tu! ka holong. Eaba se tsoela pele ho re, ‘Empa ho sa tsotellehe hore na khopolo eo ea bona e bonahala e le ntle hakae, rōna re ke ke ra e latela hobane re batla ho iketsetsa tsena tsohle kantle ho Molimo, re batla ho iketsetsa tsona ka matsoho a rōna le ka likelello tsa rōna.’
“Sena se ile sa re khothatsa haholo hobane re ne re qala ho utloa ba boholong ka bobona ba bua ’nete ka Lipaki Tsa Jehova. Lipuo tse joalo li ile tsa boela tsa fa batho ba bangata monyetla oa ho ikutloela ha ba boholong ba bua ’nete ka Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore batho ba iponele kamoo lithuto tsa Bibele li ka ntlafatsang bophelo ba bona kateng.”
HO BEHA LIPAKI LEIHLO HO NE HO SA ATLEHE KAMEHLA
Ka lilemo tse ngata, ma-KGB a ne a tloaetse ho kenya thepa e rekotang lipuisano ka sekhukhu mehaleng ea fono, ho khaoletsa mangolo le ho beha Lipaki leihlo ka litsela tse ling. Ka linako tse ling ma-KGB a ne a kenya thepa ea ho mamela lipuisano ka sekhukhu malapeng a barab’abo rōna ba eteletseng pele ka phuthehong. Ha Grigory Sivulsky, eo e bileng molebeli oa setereke ka lilemo tse 25 nakong ea ha mosebetsi o ne o thibetsoe, a hopola ka 1958 ha a ne a fumana thepa e joalo ka kamoreng e tlas’a marulelo, o re: “Re ne re lula Tulun, Siberia, mokatong o ka holimo oa folete e ’ngoe e mathōkong a motse e nang le mekato e ’meli. Ka lekhetlo le leng ha ke fihla lapeng, ke ile ka utloa molumo oa mochine o borang ka kamoreng e tlas’a marulelo. Ke ile ka hlokomela hore ma-KGB a ne a ntse a kenya thepa ea ho mamela lipuisano ka sekhukhu ka kamoreng eo e le hore a utloe seo re se buang—e leng mokhoa oo a neng a tumme ka oona. Lingoliloeng tse ngata li ne li bolokiloe ka kamoreng eo e tlas’a marulelo, esita le hona marulelong.
“Mantsiboea ha re se re kopane re le lelapa, ke ile ka bolela hore ho na le ntho e mpelaetsang, eaba re lumellana hore ka nakoana re se ke ra buisana ka litaba tsa phutheho ha re le lapeng. Re ile ra bulela seea-le-moea, eaba re nyolla molumo ’me re se tlohela se le joalo beke kaofela. Ha beke eo e fela, ’na le mora e mong oabo rōna re ile ra hloella ka kamoreng e tlas’a marulelo ’me ra fumana mohala o hokeletsoeng thepeng ea ho mamela lipuisano. Mohala oo o ne o tsamaea pakeng tsa mela e ’meli ea mapolanka, o thatika le marulelo ebe o fetela liofising tsa ma-KGB motseng. Ho ne ho se pelaelo hore a rekota ntho e ’ngoe le e ’ngoe, empa nakong eo a ile a khona ho rekota mananeo a seea-le-moea feela.”
MA-KGB A NYONYOBELA MOKHATLO O HLOPHISITSOENG
Ma-KGB a ile a hlokomela hore mahloriso ka booona a ke ke a nyahamisa Lipaki. Ka lebaka leo, ka bomenemene le ka bolotsana a ile a susumelletsa barab’abo rōna hore ba se ke ba tšepa balebeli ba khethiloeng le mokhatlo o hlophisitsoeng kaofela. Leqheka le leng leo ma-KGB a neng a le sebelisa e ne e le ho kenya limpimpi tsa khale ka liphuthehong.
Limpimpi tse ’maloa li ile tsa ba tsa khetheloa ho ba balebeli ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng. Bara bana babo rōna ba bohata ba ile ba etsa matsapa ’ohle a ho thefula mosebetsi oa boboleli ka ho jala moea oa tšabo le ho tsilatsila o neng o ka etsa hore ba bang ba belaelle barab’abo rōna ba etellang pele. Ho feta moo, bona ka bobona ba ne ba sitisa barab’abo rōna ho fumana lingoliloeng tsa Bibele, ebe ba li fetisetsa ho ma-KGB. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore pakeng tsa 1957 le 1959 limpimpi tse peli feela li ile tsa fa ma-KGB likhatiso tse 500 tsa Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling.
Bohareng ba lilemo tsa bo-1950, bara ba bang babo rōna ba ile ba qala ho se tšepe Komiti ea Naha. Ho ile ha tlala menyenyetsi ea hore ha e le hantle litho tse ling tsa Komiti ea Naha li sebelisana le ma-KGB le hore li eka barab’abo rōna ba tšepahalang, ho kopanyelletsa le ba kopitsang lingoliloeng. Ivan Pashkovsky o re: “Ka April 1959 ho ile ha thehoa Komiti e ncha ea Naha, ’me ke ne ke le setho sa eona. Re ne re hlile re ikemiselitse ho loanela ’nete, ho sa tsotellehe matsapa a Diabolose a ho khaohanya mokhatlo oa bara ba motho. Eo e ne e le nako e thata ka ho fetisisa historing ea Lipaki Tsa Jehova USSR.”
Ha lipelaelo li ntse li tota, bara ba bang babo rōna ba ile ba khaotsa ho romela litlaleho tsa phutheho ho Komiti ea Naha. Liphuthehong bahoeletsi ba ne ba tsoela pele ka mafolofolo tšebeletsong ba bile ba fana ka litlaleho tsa bona kamehla, empa ba bangata ba bona ba ne ba sa tsebe hore litlaleho tseo li ne li se li sa romeloe ho Komiti ea Naha. Ka 1958 lihlopha tse ling tsa barab’abo rōna li ne li se li khaohantse bahoeletsi ba likete le Komiti ea Naha. Lihlopha tsa barab’abo rōna ba neng ba khaohantsoe le mokhatlo o hlophisitsoeng li ile tsa ’na tsa eketseha Irkutsk le Tomsk ’me hamorao tsa eketseha le metseng e meng ea Russia. Ka March 1958 ba khaohantsoeng le mokhatlo o hlophisitsoeng ba ne ba se ba iketselitse “komiti [ea bona] ea naha” eo ba neng ba tšepa hore liphutheho tsohle li tla e amohela.
Sehlopha se Busang se ile sa etsa matsapa ’ohle a ho thusa barab’abo rōna ba Soviet Union hore ba boele ba rapele Jehova ba momahane. Alfred Rütimann ea neng a lula Switzerland, e ne e le mookameli oa lekala Ofising e Europe Leboea, eo ka nako eo e neng e hlokomela mosebetsi Soviet Union. Ka 1959 o ile a ngolla barab’abo rōna ba Russia lengolo ’me a ba hlalosetsa hore Jehova o ne a tla hlohonolofatsa feela ba ikitlaelletsang ho lula ba momahane le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Bara ba bang babo rōna ba neng ba ikhaohantse le mokhatlo o hlophisitsoeng ba ile ba amohela keletso eo ’me ba qala ho etsa matsapa a ho thusa bohle hore ba boele ba tšepe Komiti ea Naha. Leha ho le joalo, ho ile ha feta lilemo pele barab’abo rōna ba tšepa komiti eo ka ho feletseng. Nakong ena eohle, Komiti ea Naha e ne e ntse e sebelisa batho ba fetisang melaetsa ha e romela lingoliloeng tsa Bibele. Le hoja bao ba ikhaohantseng le mokhatlo o hlophisitsoeng ba ne ba ithuta lingoliloeng, ba ne ba ntse ba sa romele litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo ho Komiti ea Naha.
Ma-KGB a ile a tsoela pele ho susumelletsa barab’abo rōna hore ba se ke ba tšepana. A ne a tlohela ba bang ka boomo a sa ba tšoare, athe ba bang a ne a ba hlahlela chankaneng. Kahoo, barab’abo rōna ka kakaretso ba ne ba nahana hore Lipaki tse lokolohileng li sebelisana le ma-KGB. Ba bangata ba ne ba se ba belaella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ba bile ba tšoaea barab’abo rōna ba ikarabellang liphoso.
NYEOE E TSEBAHALITSOENG HAHOLO
Tlaleho eo e mong oa ba boholong Irkutsk a ileng a e romela Moscow, e ne e re: “[Lipaki Tsa Jehova tsa Lebatooeng la Irkutsk] li ne li qalile mesebetsi e mengata haholo ea sekhukhu. Ho elella qetellong ea selemo sa 1959, ma-KGB a ile a fumana libaka tse hlano tsa khatiso tsa sekhukhu.” Libaka tsena tsa khatiso li ne li le Siberia, motseng oa Zima le oa Tulun, hammoho le motsaneng oa Kitoy, oa Oktyabr’skiy le oa Zalari. Ka mor’a hore ma-KGB a fumane libaka tseo, a ile a tšoara ba neng ba ameha mosebetsing oa khatiso.
Barab’abo rōna ba bane ba ileng ba tšoaroa qalong ba ile ba ngola tlaleho e hlalosang mosebetsi oa khatiso. Bara bana babo rōna ba ne ba ile ba qobelloa ke mafokisi ka bomenemene hore ba ngole tlaleho eo. Ka mor’a moo ma-KGB a ile a sotha bopaki ba bona a ba a bo phatlalatsa likoranteng tsa moo. Bara bana babo rōna ba bane ba ile ba lokolloa eaba ba bang ba robeli baa tšoaroa. Nyeoe ea bona e ne e tla tšoareloa Tulun ka April 1960. Ma-KGB a ile a lokisetsa hore nyeoe eo e phatlalatsoe haholo ka tsela e tla ba pepesa mahlong a bohle. A ne a rerile hore barab’abo rōna ba bane ba lokolotsoeng e be lipaki tsa ’ona nyeoeng eo. Ba bangata ka liphuthehong ba ne ba nahana hore joale bara bana babo rōna ba se ba sebelisana le ma-KGB.
Ma-KGB a ne a boetse a rerile ho sebelisa nyeoe eo e le moritaoke feela hore a senye tumelo ea Lipaki leha e le life tse tlileng nyeoeng le ho etsa hore sechaba se li fetohele. Ka lebaka leo, ma-KGB a ile a lokisetsa hore pele ho nyeoe sechaba se tl’o bona kamore e ’ngoe e ka tlas’a mohaho moo barab’abo rōna ba ileng ba hatisa lingoliloeng ka lilemo tse ngata. Ka mor’a nakoana motse oohle o ne o se o tletse menyenyetsi ea hore ho na le “lequloana” le sebetsang ka sekhukhu. Letsatsing la nyeoe, holo e ne e tletse batho ba fetang 300, ba akarelletsang baqolotsi ba litaba tsa likoranta le tsa TV, ba bang ebile e le ba tsoang Moscow. Lipaki Tsa Jehova tse ngata le tsona li ne li le teng.
LEKHOTLA LE ILE LA EMA HLOOHO
Leha ho le joalo, ka tšohanyetso merero ea ma-KGB e ile ea qala ho nyopa. Barab’abo rōna ba neng ba fane ka bopaki ba ile ba hlokomela phoso ea bona. Ha ho setse letsatsi pele ho nyeoe, kaofela ha bona ba ile ba ikemisetsa ka tieo hore ba tla etsa sohle se matleng a bona ho tlotlisa Jehova. Ha nyeoe e ntse e tsoela pele, ba ile ba bolela hore ba qhekeletsoe le hore bopaki ba bona bo sothiloe. Eaba ba re: “Re ikemiselitse ho qosoa hammoho le barab’abo rōna.” Lekhotla le ile la ema hlooho.
Ho feta moo, ha barab’abo rōna ba qosoang ba botsoa lipotso ba ile ba khona ho fana ka likarabo tse neng li sa behe ba bang ka mosing. Ka mohlala, ha moahloli a botsa Grigory Timchuk hore na ke mang ea hahileng sebaka sa khatiso ntlong ea hae, o ile a mo araba ka ho re, “Ke ’na ea se hahileng.” Ha a mo botsa hore na ke mang ea hatisitseng lingoliloeng, o ile a mo araba ka ho re, “Ke ’na ea li hatisitseng.” Ha a mo botsa hore na ke mang ea neng a aba lingoliloeng, o ile a mo araba ka ho re, “Ke ’na ea li abileng.” Ha a mo botsa hore na ke mang ea rekileng pampiri le hore na ke mang ea e tlisitseng, le moo o ile a mo araba ka ho re, “Ke ’na.” Eaba mochochisi o re ho eena: “Athe u eng? U mookameli, u itlisetsa thepa ebile u mosebetsi?”
“LENGOLO LENA LE ILE LA RE KHOTHATSA!”
Ha mochochisi a hlokomela hore ha a sa na lipaki, o ile a qosa barab’abo rōna ka hore ba entse ’momori le basele. O ile a hlahisa lengolo le tsoang ho Nathan H. Knorr oa Bethele ea Brooklyn e le bopaki ba hae. Mora e mong oabo rōna ea neng a tlile nyeoeng eo, e leng Mikhail Savitsky, o re: “Eaba ka lentsoe le phefa mochochisi o qala ho bala lengolo leo Mor’abo rōna Knorr a neng a le ngoletse barab’abo rōna ba Soviet Union, leo ma-KGB a neng a le khaolelitse. Ho rōna Lipaki Tsa Jehova kaofela tse neng li le teng ka holong eo, ena e ne e le mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova. Lengolo lena le ile la re khothatsa! Le ile la re fa keletso e bohlale e tsoang ka Bibeleng la ba la re khothalletsa ho sebeletsa balumeli-’moho le rōna ka lerato le hore re lule re tšepahala ha re le litekong. Ho feta moo, le ile la khothalletsa Lipaki Tsa Jehova hore li tšepe Molimo linthong tsohle, li mo kōpe hore a li fe bohlale le tataiso ’me li sebelisane haufi-ufi le barab’abo rōna ba khethiloeng. Mochochisi o ile a bala lengolo leo ho tloha qalong ho ea qetellong. Re ile ra mamela ka tsebe e lethoethoe. E ne eka re kopanong!” Le hoja lekhotla le ile la fa barab’abo rōna likahlolo tse sa tšoaneng chankaneng, ba neng ba le teng ba ile ba lula ba tiile ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova.
BA THABELA HO BOELA BA SEBELETSA JEHOVA BA MOMAHANE
Kaha ma-KGB a ne a bona eka a atlehile ho khina mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova Soviet Union, a ile a itokisetsa ho o felisetsa ruri. Ka 1960, barab’abo rōna ba fetang 450 ba ile ba iphumana ba koaletsoe hammoho kampong ea Mordvinia. Har’a bona ho ne ho e-na le ba etellang pele lihlopheng tse peli tsa barab’abo rōna—sa ba ikhaohantseng le mokhatlo o hlophisitsoeng le sa ba sa kang ba ikhaohanya le oona. Ma-KGB a ne a nahana hore sena se tla fella ka hore mokhatlo o hlophisitsoeng o khaohanele ruri. Ho ile ha hatisoa sehlooho se seng se nyefolang koranteng ea kampo ea mosebetsi o boima se neng se bolela hore na ho lebeletsoe hore mang a loane le mang. Leha ho le joalo, ho ba ’moho ha barab’abo rōna ho ile ha ba thusa hore ba iketse khokanyana-phiri.
Ha Iov Andronic a hopola se ileng sa etsahala, o re: “Barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba ipiletsa ho Paki e ’ngoe le e ’ngoe, esita le tse neng li ikhaohantse le mokhatlo o hlophisitsoeng, hore li loanele ho momahana. Ba ile ba tšohla haholo-holo sehlooho se hlahang Molula-Qhooeng oa Serussia oa September 1, 1961, se reng ‘Bonngoe bo Tšepisitsoeng Batho Bohle Bao Molimo a Khahloang ke Bona.’ Sehlooho seo se ne se e-na le melao-motheo le mehlala e bontšang kamoo Jehova a neng a tataisa batho ba hae kateng mehleng ea boholo-holo. Se ne se boetse se tšohla hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore e mong le e mong a ikitlaelletse ho boloka khotso le bonngoe ka phuthehong ea Bokreste. Ka mor’a hore ba ithute sehlooho seo ka hloko, ba bangata ba ile ba elelloa hore ke habohlokoa ho ba bonngoeng le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo le barab’abo rōna, eaba ba etsa liphetoho tse hlokahalang.”
LIJO TSA MOEA TSE ILENG TSA KOALA LEKHALO
Hape sehlooho seo sa Molula-Qhooa se ile sa thusa Lipaki tse sa koalloang chankaneng hore li boele li momahane. Barab’abo rōna ba neng ba khethetsoe ho etella pele ba ile ba rapela ba ba ba se bala hammoho. Sehlooho seo se ile sa bolela hore ka lebaka la ho kula, Mor’abo rōna Rutherford o ile a fana ka puo ea hae ea ho qetela kopanong ka August 1941. Ha a ne a khothalletsa barab’abo rōna hore ba khomarele mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ’me ba se ke ba latela baeta-pele leha e le bafe ba batho, o ne a ile a re: ‘Neng kapa neng ha ho hlaha ntho e itseng ebile e qala ho hōla, batho ba bang ba re ho na le motho ea itseng eo e leng moeta-pele, ea nang le balateli ba bangata. Haeba lōna ba leng teng mona le lumela hore ke mpa ke le e mong oa bahlanka ba Morena le hore re sebeletsa Molimo le Kreste ka mahetla a bapileng re bile re momahane, e-reng, E.’ Bohle ba ile ba araba ka sefutho ba le ntsoe-leng ba re, “E!”
Mikhail Savitsky o re: “Ho ne ho hlokahala hore Lipaki tsa Soviet Union li momahane, haholo-holo nakong ena. Re ile ra leboha hore ebe Jehova o ile a re tšehetsa moeeng ka lerato le ka mamello. Hang-hang mora e mong oabo rōna ea neng a ikhaohantse le mokhatlo o hlophisitsoeng o ile a kōpa hore ke mo fe makasine eo, eaba o re, ‘Mphe eona ke e’o e balla barab’abo rōna ba Bratsk le ba libakeng tse ling.’ Ke ile ka mo bolella hore makasine eo ke eona feela eo re nang le eona. Empa o ile a ntiisetsa hore o tla e khutlisa ka mor’a beke. O ile a fela a e khutlisa a ba a tlisa le litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tseo e leng khale liphutheho tse ngata li sa li tlise. Bara le barali babo rōna ba makholo-kholo ba ile ba khutlela lelapeng le momahaneng la barapeli ba Jehova.”
Ivan Pashkovsky, eo e bileng setho sa Komiti ea Naha ka lilemo tse fetang 30, o re: “Re ile ra re mora e mong oabo rōna ea tsoang naheng e ’ngoe a kōpe Mor’abo rōna Knorr hore a ipiletse ho barab’abo rōna bohle ba naheng ea habo rōna hore ba momahane ’me ba ikokobeletse tsamaiso ea puso ea Molimo. Mor’abo rōna Knorr o ile a lumela, kahoo ka 1962 re ile ra fumana likopi tse 25 tsa lengolo la hae ka lipuo tse peli, ka Senyesemane le ka Serussia. Lengolo lena le ile la hlokomelisa ba bangata hore ba lokela ho sebetsa le mokhatlo o hlophisitsoeng.”
LINKU LI UTLOA LENTSOE LA MOLISA OA TSONA
Komiti ea Naha e ile ea sebetsa ka thata hore e kopanye barab’abo rōna. Ho etsa mosebetsi oo tlas’a maemo ao ho ne ho se bonolo. Ha lehlabula la 1962 le thoasa, setereke sohle se ne se se se thusitsoe hore se boele se momahane le mokhatlo o hlophisitsoeng. Barab’abo rōna ba hōlileng moeeng ba ile ba khetheloa ho ba litho tsa komiti e khethehileng. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bara bana babo rōna, a ba fa “bohlale bo tsoang holimo.” (Jak. 3:17) Aleksey Gaburyak, eo e neng e le molebeli oa potoloho ho tloha ka 1986 ho fihlela ka 1995, o re: “Ka 1965 re ile ra kopana le Komiti ea Naha Usol’ye-Sibirskoye. Komiti eo e ile ea re kōpa hore re batle bara le barali babo rōna bohle ba qhalakaneng ka lebaka la ho lelekoa, ho koalloa chankaneng le ho ikhaohanya le mokhatlo o hlophisitsoeng ’me re ba thuse hore ba boele ba momahane le liphutheho. Re ile ra fuoa liaterese tsa ba bang e le hore re qale ka bona. Sebaka seo ke neng ke se abetsoe se ne se akarelletsa lebatooa la Tomsk le la Kemerovo hammoho le motse oa Novokuznetsk le oa Novosibirsk. Bara ba bang babo rōna ba ile ba abeloa libaka tse ling. Re ne re lokela ho hlophisa liphutheho le lihlopha tse ikemetseng haesita le ho beha barab’abo rōna ba ikarabellang ka liphuthehong le ho ba koetlisa. Ho feta moo, re ne re lokela ho rala tsela ea ho tsamaisa lingoliloeng le ho hlophisa liboka tsa phutheho tlas’a maemo a thata a bakoang ke ho thibeloa ha mosebetsi. Ka nako e khutšoanyane feela, re ile ra etela bara le barali babo rōna ba 84 ba neng ba se ba arohane le mokhatlo o hlophisitsoeng. Re ile ra thaba haholo ha ‘linku’ tsa Jehova li boela li utloa lentsoe la Molisa ea Khabane ’me li mo sebeletsa hammoho le batho ba hae!”—Joh. 10:16.
Kapele-pele ba bangata ba neng ba khaohane le mokhatlo o hlophisitsoeng ba ile ba boela ba sebelisana le Komiti ea Naha eaba ba qala ho romela litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo. Ka 1971 bahoeletsi ba fetang 4 500 ba ne ba se ba thusitsoe hore ba boele ba momahane le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Lilemong tsa bo-1985, mosebetsi oa boboleli o ne o ntse o tsoela pele le hoja o ne o thibetsoe ’me ba bacha ba ntse ba kena ka liphuthehong.
LIFILIMI TSA BOHLOKOA TSE NYENYANE
Kamehla ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba hlokolosi le ba sebete ba neng ba lula Soviet Union ba sebetse ka thata e le hore ba kopitse lingoliloeng tse fanang ka lijo tsa moea. Leha ho le joalo, lijo tseo tsa moea li ne li fihla joang ho bona?
Tsela e ’ngoe e neng e tloaelehile e ne e le ho sebelisa lifilimi tse nyenyane haholo. Barab’abo rōna ba neng ba sebetsa linaheng tsa boahisani ba ne ba fota limakasine, libuka le libukana tsa rōna tse hatisitsoeng haholo-holo ka Serussia le ka Seukraine, esita le ka lipuo tse ling tse ’maloa. Barab’abo rōna ba ne ba lokela ho ba hlokolosi haholo ha ba fota leqephe le leng le le leng ka k’hamera e sebelisang filimi e nyenyane haholo e bolelele ba limithara tse 30. Sengoliloeng se seng le se seng se neng se hatisoa se ne se fotoa ka makhetlo a mangata, ebe ho etsoa likopi tse ngata e le hore ho ka ba bonolo ho li aba. Ka lilemo-lemo, lijo tsena tsa moea li ile tsa kenngoa lifiliming tse nyenyane tse bolelele ba lik’hilomithara tse ngata. Lifilimi tse nyenyane tse neng li khaotsoe likotoana tse bolelele ba lisenthimithara tse 20 hore li tšoarehe habonolo, li ne li se li loketse ho neheletsoa batho ba tsamaisang melaetsa hore ba li ise Soviet Union.
LIBAKA TSA KHATISO TSA SEKHUKHU SIBERIA
Ho ne ho le thata ho kopitsa lingoliloeng tsa Bibele, empa Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oo. Pakeng tsa 1949 le 1950 feela, barab’abo rōna ba ile ba kopitsa lingoliloeng tse sa tšoaneng tse 47 165 ’me ba li romela liphuthehong. Ho phaella moo, ho sa tsotellehe khanyetso e matla, Komiti ea Naha e ile ea tlaleha hore hona nakong eo, ho ile ha tšoaroa liboka tse 31 488 ka har’a naha.
Lenane la batho ba batlang lingoliloeng le ile la ’na la eketseha, kahoo ho ne ho hlokahala libaka tse ncha tsa khatiso. Stakh Savitsky o re: “Ka 1955 ho ile ha etsoa sebaka sa khatiso sa sekhukhu lapeng. Kaha Ntate e ne e se Paki ea Jehova, re ne re lokela ho kōpa tumello ea hae. Re ile ra qeta likhoeli tse ka bang peli re ntse re cheka kamore e bolelele ba limithara tse peli le bophara ba limithara tse ’nè ka tlas’a foranta ea lapeng. Nakong eo re ile ra epa mobu o ka tlalang likiribae tse 300. Re ne re lokela ho ntša mobu ona le ho o pata ka tsela e itseng e le hore ho se be le ea mong ea ka lemohang. Eitse ha re ntse re epa, eaba re fumana mobu o lulang o le leqhoa ha re fihla botebong ba limithara tse 1,5. Kahoo ha re ile mosebetsing, ’Mè o ne a qhibilihisa mobu oo o leqhoa ka ho besa mollo o monyenyane oa patsi holim’a oona, a ntse a leka ho etsa hore baahelani ba se ke ba hlokomela. Hamorao re ile ra ala liboto tsa mapolanka ka kamoreng eo re neng re e chekile ’me ra etsa fuluru le siling. Hang ha sebaka seo se lokile, banyalani ba bang ba ile ba qala ho lula moo. Ba ne ba tla sebeletsa ka kamoreng eo e ka tlaase ba be ba lule teng. ’Mè o ne a ba phehela, a ba hlatsoetsa a bile a ba hlokomela. Sebaka seo sa khatiso se ile sa sebetsa ho fihlela ka 1959.
“Ka 1957 mor’abo rōna ea neng a tsamaisa mosebetsi oa ho kopitsa lingoliloeng o ile a re ho ’na: ‘Na u ka khona ho sebetsa sebakeng sa khatiso? Bonyane re lokela ho hatisa limakasine tse 200 ka khoeli.’ Qalong ke ile ka hatisa limakasine tse 200, ho tloha moo ka hatisa tse 500. Leha ho le joalo, lenane la batho ba batlang lingoliloeng le ne le lula le eketseha. Mosebetsi oo o ne o lokela ho etsoa bosiu hobane motšehare rōna ba neng ba lelekiloe ha habo rōna, re ne re ea mosebetsing moo ho neng ho hlokahala hore re hlahise thepa, re bile re sebetsa tlas’a baokameli ’me ka beke re ne re fuoa letsatsi le le leng leo ka lona re neng re sa theohele mosebetsing.
“Ha ke fihla lapeng ke tsoa mosebetsing, ke ne ke theohela sebakeng sa khatiso. Ho ne ho tšoana leha ke sa robale hobane hang ha ke qalile ho hatisa, ke ne ke lokela ho tiisa hore ke tsoela pele ho fihlela mosebetsi oo o fela. Enke e ne e tla hoama, kahoo ho ne ho se kamoo nka emisang mosebetsi oo kateng e le hore ke tsoele pele nakong e tlang. Ka linako tse ling ke ne ke lokela ho hatisa maqephe a 500 ke be ke a hlahlobe ’me ke lokise liphoso tse nyenyane ka nalete e le hore mongolo o ka bonahala ka ho hlaka. Ho ne ho se na moea o lekaneng o kenang ka kamoreng eo, kahoo ho ne ho le thata ho hoamisa maqephe ha a tsoa mochineng.
“Ke ne ke tsamaea bosiu ke isa limakasine tse hatisitsoeng motseng oa Tulun, o bohōle ba lik’hilomithara tse 20 ho tloha lapeng. Ke ne ke sa tsebe hantle hore na ha li tloha moo li ea hokae, empa ke ne ke tseba hore lingoliloeng tseo li sebelisoa ke Lipaki tsa Krasnoyarsk, Bratsk, Usol’ye-Sibirskoye le tsa metseng e meng e meholo le e menyenyane.
“Ka 1959 barab’abo rōna ba tsamaisang mosebetsi ba ile ba nkōpa hore ke e’o thusa ho haha sebaka se secha sa khatiso Tulun, pel’a seteishene sa terene. Ke ile ka boela ka etsa mosebetsi oo ke neng ke se ke o tloaetse, o kang oa ho epa le oa ho kenya mabone, e leng mosebetsi oo ke ileng ka o etsa sebakeng sa pele sa khatiso. Jehova o ile a re fa bohlale. Ka mor’a mona, lelapa le leng le ile la fallela moo ’me la qeta nako e ka etsang selemo le sebeletsa teng. Qetellong ma-KGB a ile a fumana sebaka seo sa khatiso. Koranta ea moo e ile ea tlaleha hore ‘mabone a ne a kentsoe ka tsela e tšopholi hoo le bo-ramotlakase bao e leng khale ba li bona ba neng ba sa utloisise hore na a sebetsa joang.’
“Kantle ho ba lelapa leso, e ne e le barab’abo rōna ba ’maloa feela ba neng ba tseba hore ke sebetsa khatisong. Kaha ho ne ho se le ea mong ea mponang mantsiboea, bara le barali babo rōna phuthehong ba ne ba tšoenyehile ka bomoea ba ka. Ba ne ba lula ba nketela lapeng ba tlil’o nkhothatsa, empa ka linako tsohle ba ne ba fumana ke le sieo. Kaha mehleng eo mosebetsi oa rōna o ne o lula o talimiloe ka leihlo le nchocho, sebaka sa khatiso se ne se ka khona ho sebetsa haeba feela taba ena e ne e lula e le lekunutu.”
HO KOPITSA LINGOLILOENG MOSCOW
Ba boholong ba ne ba tseba hantle hore Lipaki li hloka Libibele le lingoliloeng tsa Bibele ka potlako. Khafetsa Sehlopha se Busang se ne se kōpa tumello ea ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele kapa ho li kenya ka har’a naha empa ’muso o ne o hana likōpo tseo kapa o iphapanyetsa tsona. Kaha ho ne ho e-na le leqeme la lingoliloeng, barab’abo rōna ba ne ba lula ba leka ho fumana matsapa a ho kopitsa lingoliloeng libakeng tse sa tšoaneng ka har’a naha, tse akarelletsang Moscow, e le hore ba ka fepela liphutheho le lihlopha ka lijo tsa moea.
Ka 1957 Stepan Levitsky o ile a ahloleloa ho hlola lilemo tse leshome chankaneng hobane a ile a fumanoa a e-na le Molula-Qhooa o le mong o neng o le tlas’a lesela la tafole. Stepan o re: “Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa le ile la ntokolla ka mor’a lilemo tse tharo le halofo. Pele ke tsoa chankaneng, barab’abo rōna ba ile ba nkhothalletsa hore ke fallele sebakeng se seng se pel’a Moscow e le hore nka bolela litaba tse molemo moo le ho ikakhela ka setotsoana mesebetsing e meng ea phutheho. Ke ile ka fumana sebaka seo nka lulang ho sona se neng se le bohōle ba lihora tse peli ho tloha Moscow eaba ke qala ho bolela litaba tse molemo libakeng tse sa tšoaneng motseng oo o moholo. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko boo hobane ka mor’a lilemo tse seng kae, ho ile ha hlophisoa hore ho be le sehlopha sa bara le barali babo rōna Moscow. Ka 1970, ke ile ka abeloa ho ba molebeli oa potoloho sebakeng se neng se akarelletsa Moscow, Leningrad (eo joale e seng e le St. Petersburg), Gorki (eo joale e seng e le Nizhniy Novgorod), Orel le Tula. Ke ne ke fuoe boikarabelo ba ho fepela liphutheho ka lingoliloeng.
“Ke ne ke kholisehile hore thato ea Jehova ke hore ho be le lingoliloeng tsa Bibele tse lekaneng Moscow le libakeng tse ling Russia. Ke ile ka bolella Jehova ka thapelo hore ke ikemiselitse ho ikitlaetsa haholoanyane mosebetsing ona. Ka moraonyana ho moo, ke ile ka tloaelana le monna e mong eo e neng e le setsebi sa khatiso se neng se tsebana le batho ba sebetsang likhoebong tse ’maloa tsa khatiso Moscow. Ha re ntse re iqoqela feela, ke ile ka mo botsa hore na ebe nka khona ho hatisa buka e nyenyane ho e ’ngoe ea likhoebo tsa khatiso Moscow.
“O ile a re: ‘Buka efe?’
“Ka mo araba ke tšohile ka re: ‘Ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng Ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape.’
“O ne a e-na le motsoalle ea sebetsang khoebong e ’ngoe ea khatiso. Motsoalle eo oa hae e ne e le Lekomonisi ebile e le moeta-pele oa mokha o itseng. O ile a lumela ho hatisa libuka li se kae haeba a ka lefshoa. Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang ha buka ee e ba thusang ho ithuta Bibele e fihla matsohong a bona!
“Ho hatisa lingoliloeng tsa rōna ka tsela ena ho ne ho ka ba kotsi haholo ho ’na le ho motho ea li hatisang. Kaha mosebetsi oa khatiso o ne o atisa ho etsoa bosiu, ha sehlopha se seng le se seng sa libuka se qeta ho hatisoa, li ne li lokela ho ntšoa sebakeng sa khatiso ka potlako ho se motho le ea mong ea hlokomelang seo. Jehova o ile a hlohonolofatsa tokisetso ena ’me sebakeng sena sa khatiso ho ile ha hatisoa lingoliloeng tse ngata tsa Bibele, tse akarelletsang buka ea “’Nete E Tla Le Lokolla,” ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, esita le buka ea lipina! Ka sebele re ile ra fumana lijo ka nako e tšoanetseng. (Mat. 24:45) Re ile ra khona ho sebelisa sebaka sena sa khatiso ka lilemo tse robong.
“Empa ka letsatsi le leng motsamaisi oa sebaka seo sa khatiso o ile a fihla sebakeng sena ka tšohanyetso ha se seng sa lingoliloeng tsa rōna se ntse se hatisoa. Ka potlako motho ea hatisang o ile a qala ho hatisa limakasine tse buang ka bophelo bo botle. Empa kaha o ne a etsa seo ka lehlaphahlapha, o ile a kenyelletsa maqephe a tšeletseng a sengoliloeng se seng sa rōna ka phoso makasineng eo ’me motsamaisi o ile a nka e ’ngoe ea limakasine tseo tse qetang ho hatisoa eaba o ea le eona ofising ea hae. Ha a ntse a bala makasine eo, o ile a makala haholo ha a fumana boitsebiso boo ho neng ho le pepenene hore ha ho moo bo amanang teng le makasine eo. O ile a bitsa motho eo ea hatisang, eaba oa mo botsa hore na boitsebiso bona bo kene joang makasineng eo. Ka mor’a moo, ma-KGB a ile a hlahlobisisa taba eo. Eitse ha motho eo ea hatisang a tšosoa ka hore o tla ahloleloa ho hlola nako e telele chankaneng, eaba o bolella ma-KGB sohle seo a se tsebang. Ka lebaka leo, kapele-pele ma-KGB a ile a tseba ka mosebetsi ona oo ke neng ke o etsa, kaha ’ona a ne a tseba e le ’na feela Paki ea Jehova Moscow. Ke ile ka ahloleloa ho qeta lilemo tse hlano le halofo chankaneng.” Motho eo ea hatisang eena o ile a ahloleloa lilemo tse tharo.
“ARMAGEDONE A E TLE!”
Bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba qeta nako e telele chankaneng. Grigory Gatilov o ile a qeta lilemo tse 15 chankaneng. O re: “Chankana ea ho qetela eo ke ileng ka koalloa ho eona e ne e e-na le lebitso le monate: Ho ne ho thoe ke Khantši e Tšoeu. E ne e le sebakeng se bohehang Mokolokong oa Lithaba Tsa Caucasus holim’a e ’ngoe ea lithaba tse hlano tse neng li likalikelitse motse oa Pyatigorsk o nang le libaka tse ngata tsa phomolo. Ha ke le chankaneng ena, ke ile ka fumana monyetla oa ho buisana le batho ba fapa-fapaneng ka ’nete selemo ho pota. Sele ea ka e ne e le ‘tšimo’ e ntle haholo eo ke neng ke bolela ho eona hoo ho neng ho bile ho sa hlokahale hore ke ee leha e le kae. Balebeli ba chankana ba ne ba tlisa batho ba bacha seleng eo ebe ka mor’a matsatsi a seng makae baa ba ntša, empa kamehla ’na ke ne ke sala. E ne e le ka seoelo feela ba neng ba nkisa seleng e ’ngoe. Ke ile ka leka ho pakela e mong le e mong ka botlalo ka ’Muso oa Jehova. Batho ba bangata ba ne ba botsa ka Armagedone. Batšoaruoa ba bang ba ile ba makala ha ba utloa hore motho a ka qeta nako e telele hakaalo chankaneng ka lebaka la tumelo ea hae. Ka linako tse ling batšoaruoa ba bang, esita le balebeli ba chankana, ba ne ba re: ‘Ke hobane’ng ha u sa latole tumelo ea hao e le hore u ikele hae?’ Neng kapa neng ha ke ne ke bona e mong oa bona a bontša hore o hlile o thahasella ’nete, seo se ne se nthabisa. Ka lekhetlo le leng ke ile ka bona hore e mong o ne a khoarilitse mantsoe ana leboteng la sele, ‘Armagedone a e tle!’ Le hoja bophelo ba chankaneng ka bobona bo ne bo sa jese litheohelang, ke ne ke thabela hore ebe ke khona ho bua ka ’nete.”
“NA HAR’A LŌNA MOO BAJONADABE BA TENG?”
Baralib’abo rōna ba bangata ba chesehang tšebeletsong ea Jehova le bona ba ile ba qeta nako likampong. (Pes. 68:11) Ha Zinaida Kozyreva a hopola kamoo baralib’abo rōna ba neng ba ratana kateng le kamoo ba neng ba rata batšoaruoa bao e seng Lipaki kateng, o re: “Ka 1959, pele ke qeta selemo ke kolobelitsoe, ’na le Vera Mikhailova le Lyudmila Yevstafyeva re ile ra isoa kampong ea Kemerovo, Siberia. Ho ne ho e-na le batšoaruoa ba 550 kampong eo. Ha re kena kampong re ile ra fumana basali ba ’maloa ba eme moo.
“Ba ile ba re: ‘Na har’a lōna moo Bajonadabe ba teng?’
“Re ile ra hlokomela hore ke baralib’abo rōna ba ratehang. Kapele-pele ba ile ba re fa lijo ba ba ba qala ho re botsa lipotso. Ba ne ba le mofuthu ba bile ba bontša lerato le tlohang botebong ba pelo, leo ke neng ke e-s’o le bontšoe esita le lapeng leso. Kaha barali bana babo rōna ba ne ba tseba hore rea fihla kampong eo, ba ile ba re tšehetsa. (Mat. 28:20) Kapele-pele re ile ra hlokomela ka ho hlaka hore mona lenaneo la lijo tsa moea le ne le hlophisitsoe hantle haholo.
“Ka sebele re ile ra hla ra ba lelapa. Ho ne ho le monate haholo lehlabula ha re kotula furu. Batsamaisi ba kampo eo ba ne ba sa tšabe hore re tla baleha kapa re tlōle melao ea kampo. Lesole le le leng le ne le lebela baralib’abo rōna ba 20 kapa ba 25, le hoja ha e le hantle, e ne e le rōna ba neng ba le lebela! Neng kapa neng ha motho a atamela, re ne re le tsosa e le hore le tle le se ke la fuoa kotlo ka lebaka la ho robala mosebetsing. Ha le ntse le robetse, re ne re tšohla litaba tsa moea nakong ea khefu. E ne e le tokisetso e ntle ho lona le ho rōna.
“Ho elella qetellong ea selemo sa 1959, ’na le barali ba bang babo rōna re ile ra isoa kampong e ’ngoe e lebetsoeng e bileng e sirelelitsoeng ka thata. Re ile ra kenngoa ka seleng e batang e neng e e-na le fensetere e se nang khalase. Re ne re robala libotong tsa mapolanka bosiu ’me re sebetsa motšehare. Ba boholong ba ile ba re abela mosebetsi oa ho khetha meroho ’me ba ne ba lula ba re behile leihlo. Ka mor’a nakoana, ha ba se ba kholisehile hore rōna ha re tšoane le batšoaruoa ba bang kahobane ha re utsoe, ba ile ba re tlisetsa furu hore re robale holim’a eona ba ba ba re kenyetsa khalase fensetereng. Re ile ra qeta selemo moo, eaba ka mor’a moo baralib’abo rōna kaofela ba isoa kampong e ’ngoe Irkutsk e sa lebeloang haholo e bileng e sa sireletsoang ka thata.
“Ho ne ho e-na le baralib’abo rōna ba ka bang 120 kampong eo. Re ile ra qeta selemo le likhoeli tse tharo moo. Mariheng a pele ao re a qetileng moo, serame e ne e le se kenellang masapong ’me lehloa le ne le le lengata. Re ne re sebetsa ka thata femeng ea ho rema lifate. Bahlokomeli ba ne ba lula ba re secha, ba batla lingoliloeng. Ho ne ho bonahala eka ena ke eona feela tsela eo ba khannang nako ka eona. Re ne re se re le litsebi tse hloahloa tsa ho pata lingoliloeng tsa rōna, hoo ka linako tse ling le rōna re neng re se re sa tsebe moo re li patileng teng. Ka lekhetlo le leng ’na le Vera re ile ra ba hlokolosi haholo ha re pata likhechana tseo ho ngotsoeng temana ea letsatsi ho tsona hoo re neng re se re sitoa ho li fumana ka libaking tsa rōna tsa mosebetsi. Empa mohlokomeli o ile a li fumana ’me ’na le Vera re ile ra ahloleloa ho hlola matsatsi a mahlano seleng eo ho eona motho a koalloang a le mong. Ho ne ho bata hoo mohatsela o neng o feta likhato tse 40 tlas’a ntlha ea khoamo ’me ho ne ho letse serame maboteng a sele eo e neng e se na letho le e futhumatsang.
“Ho ne ho e-na le litupu tse nyenyane tsa samente ka seleng eo tse neng li lekane feela hore motho a ka lula holim’a tsona. Ha re hatsetse haholo, re ne re lula re furallane e mong a itšetlehile ka e mong, maoto a rōna a shebile leboteng, ebe re robala re le joalo. Re ne re ee re tsohe ka tšohanyetso, ebe re tlōlela holimo re tšohile hore re tla hoama re be re shoe re ntse re robetse. Re ne re fuoa khalase ea metsi a chesang le ligrama tse 300 tsa bohobe bo botšo ka letsatsi. Ho sa tsotellehe sena, re ne re thabile kahobane Jehova o ne a re fa ‘matla a fetang se tloaelehileng.’ (2 Bakor. 4:7) Baralib’abo rōna ba ile ba re bontša mosa o moholo ha re boela matlong a batšoaruoa. Ba ile ba re phehela lijo tse chesang esale pele ba ba ba re futhumalletsa metsi e le hore re itlhatsoe.”
‘O NE A KHONA HO SEBELISANA LE BA BANG’
Zinaida o tsoela pele ho re: “Ho ne ho le thata ho bolela litaba tse molemo kampong ena hobane ho ne ho e-na le batšoaruoa ba seng bakae ’me kaofela ha bona ba ne ba tseba Lipaki. Boemong bona re ne re lokela ho sebelisa molao-motheo o hlahang ho 1 Petrose 3:1. Re ne re re ke ho bolela litaba tse molemo kantle ho mantsoe. Re ne re tiisa hore moo re lulang teng ho ne ho lula ho hloekile ho bile ho le makhethe ’me re ne re bontšana botsoalle re bile re utloana haholo. (Joh. 13:34, 35) Ho feta moo, re ne re e-na le likamano tse ntle le batho bao e seng Lipaki. Re ne re leka ho itšoara ka tsela e lumellanang le seo Lentsoe la Molimo le se rutang re bile re nahanela ba bang ha ho e-na le lintho tseo ba li hlokang. Ka linako tse ling re ne re thusa batho bao e seng Lipaki ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, morali e mong oabo rōna o ile a ithaopela ho thusa batšoaruoa ba bang ha ba ne ba lokela ho kopanya lipalo. Batho ba bangata ba ile ba lemoha hore Lipaki Tsa Jehova li fapane le batho ba malumeli a mang.
“Ka 1962 re ile ra tlosoa kampong e Irkutsk eaba re isoa kampong e ’ngoe Mordvinia. Le ha re le mona re ile ra leka ho lula re le makhethe re bile re hloekile. Kamehla re ne re alola libethe tsa rōna ka makhethe re bile re tiisa hore li lula li hloekile. Ho ne ho e-na le batšoaruoa ba ka bang 50 ba lulang le rōna matlong a batšoaruoa, boholo ba bona e le baralib’abo rōna. Ke baralib’abo rōna feela ba neng ba hloekisa matlo a batšoaruoa, kaha batšoaruoa ba bang ba ne ba sa batle ho etsa mosebetsi oo. Fuluru ea matlo a batšoaruoa e ne e lula e koropuoa ebile e hohloa ka lehlabathe ’me batsamaisi ba kampo ba ne ba re fa lisebelisoa tse hlokahalang. Baitlami ba basali ba neng ba lula le rōna matlong a batšoaruoa ba ne ba hana ho hloekisa ’me barutehi le bona ba ne ba hana, kahoo ho ne ho itšetlehile haholo-holo ka rōna hore matlo a batšoaruoa a lule a hloekile. Neng kapa neng ha e mong oa baralib’abo rōna a ne a lokolloa, tlalehong ea hae ho ne ho ngoloa hore o ne a ‘ikamahanya le maemo a bile a khona ho sebelisana le ba bang.’”
LIPALESA TSE TELELE LI NE LI HLILE LI RE SIRELETSA
Zinaida o re: “Ka lekhetlo le leng baralib’abo rōna ba ’maloa ba ile ba ngolla hae ba kōpa peō ea lipalesa tse nang le lithunthung tse khōlō. Re ile ra bolella batsamaisi ba kampo hore re batla ho lema lipalesa tse ling tse ntle ’me ra kōpa hore ho tlisoe mobu o nonneng oa selokoe kampong eo. Se ileng sa re makatsa ke hore ba ile ba lumela hang-hang. Re ile ra lema lirapa tsa lipalesa pel’a matlo a batšoaruoa ra ba ra etsa litsela tse telele ’me ra lema lipalesa ka thōko ho tsona. Ka mor’a nakoana kampong moo ho ne ho se ho tletse lihlopha tsa lifate tse telele tsa lirosa, li-sweet William le lipalesa tse ling tse ntle, empa sa bohlokoa le ho feta ke hore e ne e le lipalesa tse telele. Serapa sa lipalesa se bohareng se ne se tletse lipalesa tse bohehang tsa li-dahlia le lihlopha tse khōlō tsa lipalesa tse telele tsa li-daisy tse mebala-bala. Re ne re otlollela maoto hona moo, re ithuta Bibele re siriloe ke lipalesa, re bile re pata lingoliloeng lifateng tsa lirosa tse tlokomang.
“Re ne re tšoara liboka re ntse re tsamaea. Re ne re ikarola ka lihlopha tsa batho ba hlano. Ka mor’a ho bala sengoliloeng se seng sa Bibele esale pele, e mong le e mong oa rōna o ne a tšoara serapa se le seng ka hlooho lirapeng tse hlano. Ha re qeta ho bula ka thapelo, re ne re pheta lirapa tsa rōna ka ho latellana ebe rea li tšohla. Ha re qeta ho phetha ka thapelo, re ne re tsoela pele ho tsamaea. Melula-Qhooa ea rōna e ne e entsoe joaloka libukana tse nyenyane [tse tšoanang le e bontšitsoeng setšoantšong se leqepheng la 161]. Letsatsi le leng le le leng ho ne ho e-na le seo re ithutang sona, haholo-holo temana ea letsatsi, ebe re pheta lirapa tseo re il’o li tšohla libokeng, tseo re neng re li tšoara hararo ka beke. Ntle ho moo, re ne re leka ho ithuta likhaolo tse feletseng tsa Bibele ka hlooho ebe rea li phetelana e le hore re khothatsane. Ka tsela eo, re ne re sa tšoenyehe hakaalo haeba ba boholong ba ne ba ka nka lingoliloeng tsa rōna ha ba ntse ba phenyekolla.
“Le hoja batsamaisi ba kampo ba ile ba sebelisa batšoaruoa ba bang ha ba leka ho fuputsa hore na mosebetsi oa rōna o hlophisitsoe joang kampong moo, batšoaruoa ba bangata ba ne ba re rata. Re ne re lula haufi le Olga Ivinskaya, motsoalle oa Boris Pasternak eo e neng e le seroki se tummeng ebile e le mongoli, ea bileng a fuoa Khau ea Nobel ea Bongoli. Olga e ne e le mongoli ’me kaha o ne a re rata, o ile a khahloa ke tsela eo Lipaki li hlophisehileng ka eona. Jehova o ne a re fa bohlale, haholo-holo ba hore re fumane lijo tsa moea.”—Jak. 3:17.
“KE KHATHETSE KE UENA JOALE!”
Zinaida o tsoela pele ho re: “Lingoliloeng li ne li tla ho rōna ka litsela tse sa tšoaneng. Hangata ho ne ho bonahala ka ho hlaka hore Jehova ke eena ea tsamaisang mosebetsi oo, joalokaha a ne a re tšepisitse ha a re: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’ (Baheb. 13:5) Ka linako tse ling o ne a etsa hore balebeli ba se ke ba bona letho. Ka lekhetlo le leng ha re kena hekeng re le sehlopha sa basebetsi, balebeli ba ile ba re secha joaloka mehleng ba re re hlobole liphahlo tsohle tseo re li apereng. E ne e le ’na oa ho qetela ’me ke ne ke kentse lingoliloeng tse ncha ka tlas’a marikhoe a mabeli ao ke a tenneng.
“Ke ne ke ititieletse ka liaparo tse ngata haholo kahobane ho ne ho bata! Mohlokomeli e mong oa mosali o ile a qala ka ho secha jase ea ka, a ntoo secha onnorobaki e mofuthu eo ke neng ke e kentse ka tlas’a eona. Ke ile ka noaboloha ka boomo ha ke hlobola ke tšepile hore o tla khathala. Eaba ke hlobola jesi e ’ngoe butle, ka mor’a moo ka hlobola e ’ngoe hape. Ha a ntse a li secha ka hloko, ke ile ka ntša sek’hafo, ka mor’a moo ka hlobola jesi e se nang matsoho, eaba ke hlobola bolause ’me ka mor’a moo ka hlobola sekipa. Ke ne ke setse ka marikhoe a mabeli le libutsi. Ke ile ka rōla butsi e ’ngoe butle ka mor’a moo ka boela ka rōla e ’ngoe butle, eaba ke qala ho hlobola borikhoe bo ka holimo. Joale ke ile ka ipotsa: ‘Ebe ke tla etsa joang? Haeba a ka re ke hlobole borikhoe bo ka tlaase, ke tla tlameha ho balehela ho baralib’abo rōna ke e’o lahlela lingoliloeng tseo teng.’ Eitse hang ha ke qeta ho hlobola borikhoe bo ka holimo, eaba mohlokomeli eo oa mosali o tlakoloha ka bohale o re: ‘Ke khathetse ke uena joale! Tloha pel’a ka mona!’ Ke ile ka apara ka potlako eaba ke mathela kampong.
“Re ne re fumana lingoliloeng tseo hokae? Barab’abo rōna ba ne ba li siea sebakeng seo ho seng ho ntse ho lumellanoe ka sona ’me e mong le e mong oa rōna o ne a e-na le nako ea hae ea ho li lata ebe o li tlisa kampong. Hang ha lingoliloeng tseo li se li fihlile kampong, re ne re li pata sebakeng se sireletsehileng ’me re lula re sebelisa libaka tse fapa-fapaneng. Hape re ne re lula re kopitsa lingoliloeng ka letsoho ebe rea li pata. Re ne re sebeletsa ka likobong, re bona ka khanya ea lebone le khantšitseng seterateng e kenang ka fensetere; re ne re phetla likobo hanyenyane hore ho be le moo khanya e kenang le teng. Re ne re lula re tšoarehile ka linako tsohle e le hore re se ke ra senya nako ho hang. Esita le ha re ea holong ea ho jela, e mong le e mong oa rōna o ne a tsamaea a nkile sephephechana sa pampiri seo ho nang le temana e ngotsoeng ho sona.”
“NAKO E FIHLILE”
Ka 1965 ’muso oa Masoviet o ile oa ntša taelo e khethehileng e neng e sa lebelloa ea hore Lipaki tsohle tse neng li leleketsoe Siberia pakeng tsa 1949 le 1951 li lokolloe. Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba bangata ha baa ka ba lumelloa hore ba khutlele moo ba neng ba lula teng pele. Ba neng ba sa batle ho lula Siberia ba ile ba etsa qeto ea ho fallela moo ho neng ho hlokahala baboleli ba eketsehileng teng.
Magdalina Beloshitskaya o re: “Re ile ra lula Siberia moo re neng re leleketsoe teng ka lilemo tse ka bang 15. Mariha ho ne ho bata hoo mohatsela o neng o fihla likhatong tse 60 tlas’a ntlha ea khoamo, athe lehlabula teng ho ne ho tlala liboba le menoang e neng e re loma le ka har’a thaka tsa mahlo. Ka thuso ea Jehova re ile ra khona ho mamella lintho tseo kaofela. Empa re ile ra thaba hakaakang ha e le moo re ile ra khona ho jala peō ea ’nete libakeng tseo tsa Siberia tse batang! Ka lilemo tseo tse 15 kaofela, khoeli e ’ngoe le e ’ngoe re ne re ea ofising ea motsamaisi re il’o saena boitlamo ba hore re ke ke ra leka ho baleha moo re leleketsoeng teng. Ka linako tse ling motsamaisi o ne a robaletsa moo re lulang teng. Linakong tseo o ne a e-ba mosa haholo ho rōna, a re botsa lipotso tse ngata ka Bibele le hore na ho hlokahala’ng hore motho a phele ka tsela e lumellanang le seo e se rutang. O ne a ee a re botse hore na ke hobane’ng ha re khethile ho phela ka tsela ena empa re tseba hore ha re etsa joalo re tla hlorisoa. Ka lekhetlo le leng, re ile ra mo botsa hore na ho na le tšepo ea hore re tla ke re lokolloe kampong eo. O ile a bula seatla eaba o re, ‘Na moriri o tla ke o mele moo?’
“Ka araba ka ho re, ‘Che.’
“Eaba o re: ‘Ho joalo feela le tabeng ea hore na le tla ke le lokolloe.’ Eaba ka mor’a hore a nahanisise o eketsa ka ho re, ‘Ntle le haeba Molimo oa lōna a ka etsa ho hong kapa a le etsetsa mohlolo.’
“Ka letsatsi le leng nakong ea lehlabula ka 1965, ke ile ka ea seteisheneng sa terene ke il’o posa lengolo. Eitse ha motsamaisi eo a mpona ke sa le hōle, eaba oa hoeletsa o re: ‘Magdalina, u ea kae u sa mpolella?’
“Ka mo araba ka ho re: ‘Ha ho moo ke eang teng, ke il’o posa lengolo feela.’ Eaba o tla ho ’na ’me o re: ‘Le tla lokolloa kajeno. Nako e fihlile.’ Ka mor’a moo o ile a ncheba ka tsela e bontšang hore o nahana ka ho teba, joalokaha eka o re, ‘Molimo o le lokolotse!’ Ke ne ke sa kholoe tsebe tsa ka!
“Re ne re lumeletsoe hore re ee kae kapa kae Soviet Union haese libakeng tseo re neng re lula ho tsona pele. E ne eka re utloa lentsoe la Jehova ha a re: ‘Phatlallang ’me le e’o bolela. Le se ke la lieha, nako e fihlile, kahoo phatlallang.’ Ba bangata ba rōna re ka be re ile ra khutlela ha habo rōna haeba ba ne ba re lumeletse ho khutlela teng. Empa kaha re ne re sa lumelloa ho khutlela ha habo rōna, kaofela ha rōna re ile ra fallela libakeng tse ling. Lelapa la rōna le ile la etsa qeto ea ho lula Lithabeng Tsa Caucasus.”
Lipaki tse likete li ile tsa phatlalla le Soviet Union eohle. Sebokeng se seng sa litaba tsa naha se ileng sa tšoaroa selemong sona seo, e mong oa ba boholong o ile a botsa potso ena a maketse: “Ke mang ea ka mpolellang hore na lequloana lee la Majehova le fihlile joang motseng oo oa rōna o sa tsoa hahuoa ke bacha ba baithaopi? Lintho li ne li ntse li itsamaela hantle motseng ona o mocha, empa ke mona ho se ho hlaha lequloana lena la Majehova!” Ba boholong ba ne ba sa tsebe ho hang hore na ba etse’ng ka Lipaki. Ha ho le ea mong ea ka emang pele tšepiso ea Molimo ea hore o tla etsa hore lefatše le tlale “tsebo ea Jehova.”—Esa. 11:9.
“LE NA LE ‘METSI A HALALELANG’”
Lipaki li ile tsa ahloleloa ho ea likampong tsa chankana ka lebaka la mosebetsi oa tsona oa ho bolela litaba tse molemo. Nikolai Kalibaba, ea ileng a qeta lilemo tse ngata likampong tse joalo, o re: “’Na le ba bang ba bararo re ile ra isoa kampong e ’ngoe motseng oa Vikhorevka, o Lebatooeng la Irkutsk, moo barab’abo rōna ba ka bang 70 ba neng ba koaletsoe teng. Ho ne ho se na metsi a nooang; phaephe e teng feela ea metsi e ne e le e kopaneng le liphaephe tsa likhoerekhoere, kahoo ho ne ho le kotsi ho noa metsi a tsoang ho eona. Lijo tsa moo le tsona li ne li ka kulisa motho, empa Jehova o ile a re thusa. Ho ne ho se motho le ea mong ea neng a batla ho sebetsa kampong ena haese Lipaki feela. Re ne re le basebetsi ba mahlahahlaha. Kapele-pele batsamaisi ba kampo ba ile ba lemoha sena, eaba ba re isa likarolong tse ling tsa kampo hore re e’o sebetsa teng. Re ne re khona ho tla le linkho tsa metsi a nooang. Batšoaruoa ba bangata ba ne ba tla ho rōna ba re: ‘Re utloa ho thoe le na le “metsi a halalelang.” Ak’e le re qhatsetseng qopinyana.’ Ebe re noa le bona.
“Ho ne ho e-na le batho ba lipelo li ntle har’a batšoaruoa. Ba bang ba bona e ne e kile ea e-ba masholu athe ba bang e ne e kile ea e-ba linokoane. Ba ile ba ithuta ’nete ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ba bang ba ne ba bonahala ba sa batle ’nete ba bile ba re hanyetsa pepenene. Empa ka nako e ’ngoe ha sebui se seng se ne se tlile kampong ea rōna se tl’o fana ka puo e khahlanong le Lipaki Tsa Jehova, batho bao ba ile ba re buella ’me ba re sebui seo se etselletsa Lipaki.”
“RE TLA TLA HO LŌNA KA LIHLOPHA”
Barab’abo rōna ba ne ba lula ba kōpa hore Jehova a ba fe bohlale ba hore ba nahane kamoo ba ka sebelisang maemo a bona kateng e le hore ba ntšetse pele mesebetsi e amanang le ’Muso. Ha Nikolai a tsoela pele o re: “Re ile ra utloa menyenyetsi ea hore haufinyane re tla isoa kampong e ’ngoe Mordvinia, e neng e se hōle hakaalo le Moscow. Pele re tloha ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e thahasellisang. Se ileng sa re makatsa ke hore masole le bahlokomeli ba bang ba ileng ba lebela Lipaki Tsa Jehova ka lilemo tse ngata ba ile ba tla ho rōna eaba ba re: ‘Re kōpa hore le ke le re binele lipina tsa lōna le be le re hlalosetse haholoanyane seo le se lumelang. Re tla tla ho lōna ka lihlopha tsa batho ba 10 ho ea ho ba 20, mohlomong le ho feta moo.’
“Kaha ba ne ba tšaba hore ho na le se ka ’nang sa re hlahela kapa sa ba hlahela, ba ile ba re ba tla lokisetsa hore ho be le balebeli ba tla lebela sebaka seo re tla kopana ho sona. Re ile ra re kaha rōna e se e le khale re sebetsana le maemo a joalo, le rōna re tla beha balebeli ba rōna. Balebeli ba bona ba ne ba sebetsa hantle feela joaloka ba rōna: Masole a ne a eme libakeng tse sa tšoaneng pakeng tsa ntlo ea balebeli le moo re neng re tšoaretse seboka teng. Ak’u inahanele feela hore na ho ne ho le joang! Sehlopha sa Lipaki se ne se binela sehlopha sa masole le bahlokomeli, ka mor’a moo mor’abo rōna e mong a fana ka puo e khutšoanyane e thehiloeng Bibeleng. E ne eka re Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova! Ke kamoo re neng re tšoara liboka tse ’maloa kateng le lihlopha tsa batho ba thahasellang. Re ile ra bona kamoo Jehova a neng a re hlokomela kateng le kamoo a neng a hlokomela batho bao ba lipelo li ntle kateng.”
Nikolai o re: “Ha re tsoa kampong ena re ile ra tsamaea le limakasine tse ngata tseo re ileng ra kena le tsona kampong ea Mordvinia. Ho ne ho e-na le Lipaki tse ngata tse koaletsoeng kampong eo. Barab’abo rōna ba ile ba mpha sutuk’heise e nang le karolo e patehileng eo ke neng nka kenya lingoliloeng ka har’a eona. Ba ile ba etsa sohle se matleng a bona hore ha bahlokomeli ba phenyekolla, sutuk’heise eo e se ke ea phetlela mohatl’a nku masholu. Ha re le kampong ea Mordvinia, re ne re phenya-phenngoa ka hohle-hohle. Ha mohlokomeli e mong a nka sutuk’heise ea ka o ile a re: ‘E boima hakaakang! E tlameha ebe ho na le matlotlo ka mona!’ Eaba hang-hang o behella sutuk’heise ea ka le lintho tse ling ka thōko ’me o qala ho phenyekolla thōtō ea ba bang. Ha a qeta ho e phenyekolla, mohlokomeli e mong o ile a re ho ’na, ‘Nka thōtō ea hao u tsamaee!’ Ha baa ka ba phenyekolla sutuk’heise ea ka, kahoo ke ile ka kena matlong a batšoaruoa ka lijo tsa moea tse ncha, tse neng li hlile li hlokahala.
“Ha hoa ka ha fella moo, empa le makhetlong a mang ke ile ka khona ho tla ke kentse lipampitšana tse ngotsoeng ka letsoho ka lirifing. Kaha ke na le maoto a maholo, kamehla ho ne ho e-na le moo nka kenyang lipampiri tse ngata teng ka lirifing tsa ka. Ke ne ke li kenya ka tlas’a sole e ka hare ebe ke neta lirifi tsa ka ka kerisi. Kerisi ena e ne e thella haholo ebile e nkha hampe, kahoo bahlokomeli ba ne ba sa batle ho atamela pel’a lirifi tsa ka ho hang.”
“BALEBELI BA NE BA LULA BA RE LISITSE, LE ’NA KE NE KE LULA KE BA LISITSE”
Nikolai o tsoela pele ho re: “Ha re le kampong ea Mordvinia, barab’abo rōna ba ile ba nkhethela hore ke tsamaise mosebetsi oa ho kopitsa lingoliloeng tsa Bibele. Bo bong ba boikarabelo ba ka e ne e le hore ke behe bahlokomeli leihlo e le hore barab’abo rōna ba kopitsang lingoliloeng ka letsoho ba khone ho pata ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako. Balebeli ba ne ba lula ba re lisitse, le ’na ke ne ke lula ke ba lisitse. Bahlokomeli ba bang ba neng ba ikemiselitse ho re khaoletsa ha re ntse re kopitsa lingoliloeng matlong a batšoaruoa, ba ne ba atisa ho re hlaha lesumatha. Ho ne ho hlile ho le thata hore re lule re ba behile leihlo. Ba bang ba ne ba tla matlong a batšoaruoa hang ka letsatsi. Bana bona ba ne ba sa re khathatse.
“Nakong ena re ne re kopitsa boitsebiso bo likhatisong tseo re neng re li patile moo ho sireletsehileng. Likhatiso tse seng kae li ne li bolokiloe ka setofong, tse ling li bile li le ka setofong se ka ofising ea motsamaisi oa kampo. Barab’abo rōna ba neng ba mo hloekisetsa ba ne ba iketselitse lephaonyana le itseng ka setofong, moo re neng re boloka likhatiso tse ngata tsa bohlokoa tsa Molula-Qhooa teng. Ho sa tsotellehe hore na bahlokomeli ba ne ba re phenya-phenya ka hloko hakae, likhatiso tseo li ne li lula li sireletsehile ka ofising ea motsamaisi.”
Barab’abo rōna ba ne ba se ba le hloahloa haholo tabeng ea ho pata lingoliloeng. Sebaka seo ba neng ba se rata haholo e ne e le setutsoana sa fensetere. Barab’abo rōna ba ile ba ba ba ithuta ho pata lingoliloeng ka har’a lintho tse tšelang sesepa sa meno. E ne e le barab’abo rōna ba babeli kapa ba bararo feela ba neng ba tseba hore na likhatiso ka botsona li behoa hokae. Ha ho ne ho hlokahala, e mong oa bona o ne a ntša khatiso e ’ngoe ebe ha a qeta ho e kopitsa ka letsoho o e khutlisetsa malulong. Ka tsela ena, likhatiso tseo li ne li lula li le sebakeng se sireletsehileng. Barab’abo rōna ba bangata ba ne ba le motlotlo ka mosebetsi oa ho kopitsa lingoliloeng, le hoja ba ne ba ka ’na ba qeta matsatsi a 15 seleng eo ho eona motho a koalloang a le mong. Viktor Gutshmidt o re: “Lilemong tse leshome tseo ke li qetileng likampong, tse tharo tsa tsona ke tseo ke li qetileng ke koaletsoe ke le mong ka seleng.”
MELULA-QHOOA E NGOTSOENG KA MONGOLO O KANG TEPO EA SEKHO
Ho ea kamoo barab’abo rōna ba neng ba bona kateng, batsamaisi ba kampo ba ne ba se ba sebelisa mokhoa o khethehileng oa ho batla lingoliloeng tsa Bibele ho Lipaki ba bile ba li amoha tsona. Mapolesa a mang a ne a etsa mosebetsi ona ka mahlahahlaha. Ivan Klimko o re: “Ka lekhetlo le leng ha re le Kampong ea 19 ea Mordvinia, masole a tsamaeang ka lintja a ile a ntša barab’abo rōna kampong eo eaba a ba phenya-phenya ka hohle. Paki e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea hlobolisoa sohle seo e se apereng, esita le marantha ao e a roetseng maotong. Empa ho ne ho e-na le maqephe a seng makae a ngotsoeng ka letsoho ao barab’abo rōna ba neng ba a khomarelitse ka tlas’a maoto ’me ’ona ha aa ka a fumanoa. Ba ne ba boetse ba entse libukana tse nyenyane tse neng li ka fella pakeng tsa menoana. Ha balebeli ba laela bohle hore ba phahamise matsoho, libukana tseo li ne li ntse li le pakeng tsa menoana ’me tse ling tsa tsona li ile tsa phonyoha.”
Ho ne ho boetse ho e-na le litsela tse ling tsa ho sireletsa lijo tsa moea. Aleksey Nepochatov o re: “Bara bang babo rōna ba ne ba khona ho ngola ka mongolo o mosesaane o kang tepo ea sekho. Ho ne ho sebelisoa pene e nang le motsu o chorisitsoeng haholo ebe ho ngoloa mela e meraro kapa e mene moleng o mong le o mong oa buka ea ho ngolla e nang le mela e theosang le e tšekaletseng. Melula-Qhooa e mehlano kapa e tšeletseng e ngotsoeng ka mongolo ona o mosesaane e ne e ka fella ka lebokoseng la mollo. Hore motho a khone ho ngola ka mongolo o mosesaane hakaalo, ho ne ho hlokahala hore a be le mahlo a nchocho a be a ikitlaetse haholo. Ha ho se ho tinngoe mabone ’ohle ’me batho bohle ba se ba robetse, bara bana babo rōna ba ne ba ngolla ka likobong. Khanya feela e neng e le teng e ne e le ea lebone le seng le sa sebetse hantle le neng le le moo batho ba kenang le teng ha ba ea matlong a batšoaruoa. Haeba motho a ne a ka qeta likhoeli a etsa mosebetsi ona, o ne a ka senyeha mahlo. Ka linako tse ling molebeli o ne a hlokomela ’me haeba e le ea re ratang, o ne a re, ‘U sa ntse u ngola le joale—u tla robala neng?’”
Ha Mor’abo rōna Klimko a hopola o re: “Ka lekhetlo le leng, re ile ra lahleheloa ke lingoliloeng tse ngata hammoho le Bibele. Kaofela ha tsona li ne li patiloe ka leotong la maiketsetso la mora e mong oabo rōna. Ka mor’a hore balebeli ba qobelle mora eo oabo rōna hore a ntše leoto leo, ba ile ba le pshatla. Ba ile ba fota maqephe a hasa-hasaneng eaba ba a hatisa koranteng ea kampo. Leha ho le joalo, seo se ile sa e-ba molemo hobane se ile sa boela sa bontša batho ba bangata hore mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang e ne e le oa bolumeli feela. Ka mor’a hore ba fumane maqephe ao, motsamaisi oa kampo ea neng a ikotla sefuba, o ile a re ho barab’abo rōna, ‘Armagedone ea lōna ke eona eo!’ Leha ho le joalo, letsatsing le hlahlamang, motho e mong o ile a mo tlalehela hore Lipaki Tsa Jehova li boetse li kopane, lia bina ebile li ntse li bala joaloka mehleng.”
BA ILE BA BUISANA LE MOCHOCHISI EA KA SEHLOOHONG
Ho elella qetellong ea selemo sa 1961, mochochisi ea ka sehloohong oa Rephabliki e Kopaneng ea Bososhiale ea Masoviet ea Russia o ile a tla hlahloba kampo ea Mordvinia. Ha a ntse a tsamaea ka kampong eo, o ile a kena matlong a batšoaruoa ao Lipaki li lulang ho ’ona. Mochochisi eo ea ka sehloohong o ile a fa barab’abo rōna monyetla oa ho botsa lipotso tse seng kae. Ha Viktor Gutshmidt a hopola, o re: “Ke ile ka re, ‘Na u nahana hore bolumeli ba Lipaki bo kotsi sechabeng sa Masoviet?’
“Mochochisi ea ka sehloohong o ile a re: ‘Che, ha ke nahane joalo.’ Empa hamorao ha ba ntse ba buisana, o ile a phonyoheloa eaba o re, ‘Ka 1959 feela, Lebatooa la Irkutsk le ile la fuoa chelete e ka etsang liruble tse limilione tse hlano hore le e sebelise ha le sebetsana le Lipaki.’
“O ne a bolela hore ba boholong ba re tseba hantle, kaha li-ruble tse limilione tse hlano tsa chelete ea Naha e abetsoeng mesebetsi ea chankana li ne li sebeliselitsoe feela ho fuputsa hore na Lipaki Tsa Jehova ke batho ba mofuta ofe. Ena e ne e le chelete e ngata haholo. Mehleng eo, ha motho a ne a e-na le liruble tse likete tse hlano o ne a ka reka koloi e ntle kapa ntlo ea boemo bo holimo. Ha ho pelaelo hore ba boholong Moscow ba ne ba tseba hore Lipaki Tsa Jehova e ne e se batho ba kotsi.
“Mochochisi ea ka sehloohong o ile a tsoela pele ho re, ‘Haeba re ka re Masoviet a etse seo a se ratang ka Lipaki, a tla le felisa nya!’ O ne a bolela hore Masoviet ha a batle Lipaki. Mantsoe ana a ne a bontša hore batho ba limilione ba ne ba susumelitsoe ke mashano le likhopolo tsa batho ba reng Molimo ha a eo.
“Eaba re araba ka ho re, ‘U tla bona hore na ho tla ba joang mohla Lipaki li tšoarang likopano ho tloha Moscow ho ea Vladivostok.’
“O ile a re: ‘Mohlomong ba ka etsang halofo ea milione ba tla le tšehetsa, empa ba bang kaofela ba tla ’ne ba be ka lehlakoreng la rōna.’
“Puisano ea rōna le mochochisi ea ka sehloohong e ile ea fella moo. O ne a sa fosa hakaalo. Kajeno batho ba fetang 700 000 ba ba teng libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova linaheng tsohle tse neng li le tlas’a Soviet Union ea mehleng. Ho fapana le ho mamela mashano, batho ba moo ba mamela mantsoe a hloekileng a ’nete ea Bibele.”
“LE ETSELITSE LIPAKI SEBAKA SA PHOMOLO”
Viktor o tsoela pele ho re: “Batsamaisi ba kampo ba ile ba bontša mochochisi ea ka sehloohong lipalesa le lifate tsohle tseo Lipaki li li lemmeng hammoho le lintho tsohle tseo batsamaisi bao ba li romeletsoeng ke ba malapa a bona le metsoalle ea bona tseo ba li bolokileng ka matlong a batšoaruoa ao Lipaki li lulang ho ’ona empa ho se le ea mong ea li utsoang. O ile a sheba lintho tseo kaofela a hloletsoe. Leha ho le joalo, hamorao re ile ra utloa hore monna enoa o ile a laela batsamaisi ba kampo hore ba tlose lipalesa le lifate tseo kaofela. O ile a re ho motsamaisi oa kampo, ‘Le etselitse Lipaki sebaka sa phomolo ho fapana le kampo ea mosebetsi o boima.’ O ile a boela a thibela Lipaki ho romelloa lintho a ba a koala sebaka sa thekiso ea lijo seo Lipaki li neng li lumeletsoe hore li reke lijo tse ling ho sona.
“Leha ho le joalo, se ileng sa thabisa barab’abo rōna ke hore motsamaisi ha aa ka a phetha litaelo tseo kaofela. Ka mohlala, baralib’abo rōna ba ile ba lumelloa hore ba ’ne ba leme lipalesa joaloka pele. Nakong ea hoetla, ba ne ba kha lipalesa ba li hlophisa ba etsa mekhabiso e meholo ebe ba li fa batho ba sebetsang kampong moo le bana ba bona. Ho ne ho thabisa haholo ho bona bana ba tlil’o khahlametsa batsoali ba bona hekeng, ba nka lipalesa tsa bona ebe ba mathela sekolong ba thabile. Ba ne ba rata Lipaki.”
Viktor o re: “Ka letsatsi le leng mathoasong a selemo sa 1964, mohlokomeli e mong eo ngoan’abo e neng e le le-KGB o ile a re bolella hore ho ntse ho hlophisoa letšolo le leholo ka har’a Naha le khahlanong le Lipaki Tsa Jehova. Empa ho elella qetellong ea selemo seo, Nikita Khrushchev, eo e neng e le hlooho ea Naha, o ile a theoloa setulong ka tšohanyetso ’me mahloriso a ile a kokobela.”
HO BINOA LIPINA TSA ’MUSO KAMPONG E LEBETSOENG LE E SIRELELITSOENG KA HO FETISISA
Lilemong tsa bo-1960, kampong e ’ngoe e neng e lebetsoe ebile e sirelelitsoe ka ho fetisisa Mordvinia batšoaruoa ba ile ba lumelloa hore ba romelloe lintho hanngoe ka selemo, ho tloha moo seo e ile ea e-ba ‘moputso o khethehileng.’ Ba ne ba phenya-phenngoa nako le nako. Haeba mang kapa mang a ne a ka fumanoa a e-na le pampiri e ngotsoeng temana ea Bibele, o ne a isoa seleng eo a koalloang a le mong ho eona ka matsatsi a leshome. Ho feta moo, kampong ena batšoaruoa ba ne ba fuoa lijo tse fokolang ho feta tseo ba neng ba li fuoa likampong tsa mofuta o mong. Mosebetsi o ne o boetse o le boima haholo likampong tse lebetsoeng le tse sirelelitsoeng ka ho fetisisa; Lipaki li ne li lokela ho koqola likutu tsa lifate tse khōlō. Aleksey Nepochatov o re: “Hangata re ne re sala re khehlemane ke mokhathala. Empa re ile ra lula re falimehile re sa tele. Tsela e ’ngoe eo barab’abo rōna ba neng ba itsosa molota ka eona e ne e le ka ho bina lipina tsa ’Muso. Re ile ra iketsetsa k’hoaere ea banna e neng e bina mantsoe a fapaneng, eo le hoja e ne e se na mantsoe a basali, e neng e tsanyaola hamonate ka tsela e hlollang. E ne e se Lipaki feela tse ratang lipina tsena, empa le masole a ne a li rata hoo a neng a atisa ho kōpa barab’abo rōna hore ba li bine nakong ea mosebetsi. Ka lekhetlo le leng ha re ntse re rema lifate, mookameli oa sehlopha sa masole o ile a tla ho rōna a re: ‘Ak’e le re bineleng lipina tse seng kae. Ha e le hantle ke mookameli oa mokhahlelo oa masole ea kōpang sena!’
“Mookameli eo o ne a utloile barab’abo rōna ka makhetlo a mangata ha ba bina lipina tsa ’Muso. Kōpo ena e ne e tlile ka nako e loketseng hobane re ne re shoele ke mokhathala. Eaba ka thabo re qala ho rorisa Jehova ka mantsoe a rōna. Hangata basali ba masole ba ne ba tsoa ka matlong a haufinyane ha re bina kampong, ebe ba ema nako e telele foranteng ba mametse. Ba ne ba rata haholo-holo mantsoe a pina ea 6, e reng ‘Lefatše a le Tlotlise,’ e hlahang bukeng e ’ngoe ea khale ea lipina. Mantsoe a pina eo a ne a le monate le lehlaso la eona le le monate o tsoang ka litsebe.”
O NE A FIHLILE “LEFATŠENG LE LENG”
Esita le maemong a tšohanyetso, ho ne ho hlaka hore na Lipaki Tsa Jehova ke batho ba mofuta ofe. Viktor Gutshmidt o re: “Bofelong ba beke e ’ngoe re ne re lutse serapeng re rahile qhebelele, ha ho fihla thepa e ’ngoe ea motlakase e jang chelete e ngata kampong eo re neng re koaletsoe ho eona. Mokhanni ea neng a tlisitse thepa eo e ne e se mor’abo rōna, empa e ne e le motšoaruoa ea tsoang kampong ea rōna ’me o ne a felehelitsoe ke mookameli oa lefapha le rekang thepa ea tsoang kampong e ’ngoe. Kaha ho ne ho koetsoe setorong ’me motho ea ikarabellang moo o ne a ile phomolong, ho ile ha kōptjoa hore Lipaki li amohele thepa eo e rekiloeng li be li e laolle.
“Re ile ra laolla thepa eo eaba re e paka pel’a setoro se haufi le matlo a batšoaruoa ao barab’abo rōna ba neng ba lula ho ’ona. Mookameli oa lefapha le rekang thepa o ne a tšaba ho siea thepa ena e sa saeneloa ke mookameli oa setoro, ho bontša hore o e amohetse. Empa mokhanni o ile a re ho eena: ‘U se ke ua tšoha. Ho hang ha ho na motho ea tla e nka mona. U fihlile “lefatšeng le leng.” Lebala ka tse etsahalang ka ntle ho kampo ena. Ha u le mona u ka rōla oache ea hao, ua e siea kae kapa kae ’me hosasane u tla e fumana hona moo u e siileng teng.’ Mookameli oa lefapha le rekang thepa o ile a tsitlella hore kaha thepa eo e ne e ja chelete e ka etsang liruble tse halofo ea milione, o ne a ke ke a e siea feela e sa saeneloa.
“Ka mor’a nakoana, ho ile ha fihla banna ba tsoang ofising e tsamaisang kampo, ba ileng ba laela hore teraka eo e tsoe ka kampong eo. E mong oa bona o ile a bolella mookameli oa lefapha le rekang thepa hore a siee invoice ea thepa eo ’me a tle a e late ka le hlahlamang. O ile a tsamaea ka lesisitheho. Letsatsing le hlahlamang o ile a fihla esale hoseng ’me a kōpa ho kena ka kampong ho tla lokisa taba ea hore invoice e saenoe, empa molebeli o ile a mo fa eona e se e saennoe.
“Hamorao molebeli eo o ile a re bolella hore mookameli eo oa lefapha le rekang thepa o ile a sala a ntse a rabaraba ka ntle ho heke ea kampo. O ile a qeta metsotso e 30 a eme moo a shebile hekeng, ebe o sheba lipampiri tseo, a furalle joalokaha eka oa tsamaea, ebe oa hetla, a shebe hekeng hape. Mohlomong o ne a qala ho bona ntho e joalo bophelong bohle ba hae. Thepa eo e jang chelete e ngata e ne e fihlile moo e eang teng ’me invoice e ne e saennoe a le sieo ebile lintho tsohle li ne li entsoe ka botšepehi. Empa ntho e thahasellisang ka ho fetisisa ke hore sena se ne se etsahetse kampong e lebetsoeng le e sirelelitsoeng ka ho fetisisa moo ho thoeng ho koaletsoe batšoaruoa bao e leng ‘batlōli ba molao ba kotsi ka ho fetisisa.’ Ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na ho ne ho ka jaloa mashano a mofuta ofe ka Lipaki, ha ho ne ho hlaha maemo a kang ao, batho bohle ba bonang se etsahalang ba ne ba utloisisa ka ho hlaka hore na hantle-ntle Lipaki Tsa Jehova ke batho ba mofuta ofe.”
“HONA JOALE LI BOETSE LIA BOLELA”
Ka 1960, matsatsi a ’maloa ka mor’a hore barab’abo rōna ba iphumane ba le ’moho kampong ea Mordvinia, ho ile ha khethoa Lipaki tse fetang lekholo ’me tsa isoa Kampong ea 10, e leng chankana e khethehileng e neng e le haufi le motse oa Udarnyy. Ena e ne e le chankana eo ho eona ba neng ba “leka” ho ruta Lipaki bocha. Batšoaruoa ba moo ba ne ba apara junifomo e metsero e tšoanang le eo batšoaruoa ba koaletsoeng likampong tsa mahloriso tsa Manazi ba neng ba e apara. O mong oa mesebetsi eo Lipaki li neng li e etsa, e ne e le oa ho koqola likoqo tsa litonanahali morung. Motho ka mong o ne a lokela ho koqola likoqo tse 11 ho isa ho tse 12 ka letsatsi. Empa ka linako tse ling, esita leha sehlopha sohle sa barab’abo rōna se ne se ka sebetsa ’moho letsatsi lohle, se ne se sitoa ho cheka kutu e le ’ngoe ea sefate sa eike se seholohali. Hangata ba ne ba bina lipina tsa ’Muso e le hore ba khothatsane. Ka linako tse ling, e ne e re ha motsamaisi oa kampo eo a utloa ba bina, ebe oa hoeletsa o re: “Kajeno lena, lōna Lipaki ting ha le na ja e le hore le khaotse ho bina. Ke tla le ruta ho sebetsa!” Mora e mong oabo rōna ea neng a le kampong ena o re: “Empa Jehova o ile a re tšehetsa. Le hoja ho ne ho le thata, re ne re lula re falimehile moeeng. Ka linako tsohle re ne re ikhothatsa ka hore re eme ka lehlakoreng la Jehova tsekong ea bobusi ba bokahohleng.”—Liprov. 27:11.
Chankaneng ho ne ho e-na le batho ba bangata bao ho thoeng ke barupeli, ho phaella moo sele ka ’ngoe e ne e e-na le morupeli oa eona, eo e neng e le molaoli oa sesole kapa ea boemong bo ka holimo ho moo. Sepheo sa masole ana e ne e le ho etsa hore Lipaki li latole tumelo ea tsona. Mang kapa mang ea neng a inehela, ke hore, ea neng a latola tumelo ea hae, o ne a ka lokolloa. Khoeli le khoeli barupeli bana ba ne ba ngola tlaleho ea boitšoaro ba Paki ka ’ngoe ebe e saenoa ke batho ba ’maloa ba sebetsang chankaneng. Empa tlalehong ea Paki ka ’ngoe ho ne ho lula ho ngoloa hore, “Ha a fetohe leha re leka ho mo ruta bocha; o lula a khomaretse lintho tseo a li lumelang.” Ivan Klimko o ile a re: “Ke ile ka qeta lilemo tse tšeletseng ho tse leshome tseo ke neng ke ahloletsoe ho li qeta chankaneng ena ’me ’na le bara ba bang babo rōna re ne re nkoa re le ‘batlōli ba molao ba kotsi ka ho fetisisa ba lulang ba tšoaroa ka lebaka la tlōlo e tšoanang.’ Ho latela seo masole ao a neng a re bolella sona, ba boholong ba ne ba entse ka boomo hore ba thatafalletse Lipaki ka tsela e ikhethang e le hore ba bone hore na re batho ba mofuta ofe.”
Ka nako e ’ngoe, Iov Andronic, ea ileng a qeta lilemo tse hlano chankaneng eo, o ile a botsa molaoli oa kampo potso ena, “Re tla lula nako e kae chankaneng ee?” Ha molaoli eo a araba o ile a mo bontša moru eaba o re, “Ho fihlela ha litopo tsa lōna kaofela li patiloe moo.” Iov o re: “Re ile ra aroloa ho batho ba bang e le hore re se ke ra bolela litaba tse molemo. Ba ne ba re behile leihlo ka thata. Haeba ho ne ho hlokahala hore e mong oa rōna a ee sebakeng se seng kampong eo, o ne a felehetsoa ke mohlokomeli. Lilemo tse ’maloa hamorao, re ile ra isoa kampong e sa sireletsoang hakaalo ’me batšoaruoa ba bang bao e seng Lipaki ba ile ba bolella batsamaisi ba kampo hore: ‘Lipaki Tsa Jehova li le hlōtse. Le ile la li arola ho batho ba bang, empa hona joale li boetse lia bolela.’”
LESOLE LE TSEBA BIBELE EA LONA
Ho ne ho le thata haholo ho kena le lingoliloeng Kampong ea 10, ho se ho sa thoe letho ka Bibele. Barab’abo rōna ba ne ba bona eka ho ke ke ha khoneha hore Lentsoe la Molimo le kene chankaneng. Mora e mong oabo rōna ea ileng a koalloa chankaneng ena ka lilemo tse seng kae, o re: “Ho Jehova ha ho letho le ke keng la khoneha. Molimo o ile a utloa lithapelo tsa rōna. Re ile ra kōpela Lipaki tse lekholo tse chankaneng ena bonyane Bibele e le ’ngoe, empa re ile ra qetella re e-na le tse peli!” (Mat.19:26) Seo se ile sa khoneha joang?
Mokoronele e mong o ile a thaotheloa ho ba morupeli chankaneng. Empa motho ea sa tsebeng letho ka Bibele o ne a “rupela” Lipaki joang? Ka tsela e itseng o ile a fumana Bibele ea lerantha ’me pele a ea phomolong o ile a kōpa motšoaruoa e mong oa Mobaptiste ea neng a se a tsofetse hore a e kopanye bocha, empa pele a etsa joalo o ne a ile a bolella bahlokomeli hore ba se ke ba mo amoha eona. Mobaptiste eo o ile a bolella Lipaki a le motlotlo hore eena o fumane Bibele a ba a lumela hore a ka li alima eona e le hore li e bone. Hang ha Bibele ena eo e neng e le letlotlo la bohlokoa e se e oetse matsohong a barab’abo rōna, ka potlako ba ile ba e arola likoto eaba ba abela Lipaki tsohle tse chankaneng maqephe a eona hore li a kopitse. Matsatsing a ’maloa a latelang, liseleng tsohle tsa Lipaki ho ne ho phethesela ho kopitsoa maqephe ana. Ho ile ha etsoa likopi tse peli tse ngotsoeng ka letsoho tsa leqephe ka leng. Mora e mong oabo rōna o re: “Ha maqephe ’ohle a bokelloa, ho ne ho se ho e-na le Libibele tse tharo! Mokoronele eo o ile a fumana Bibele ea hae e kopantsoeng bocha ’me rōna ra fumana tsa rōna tse peli. Bibele e ’ngoe e ne e le eo re e balang ’me e ’ngoe e le eo re e behang sebakeng se sireletsehileng, moo ho neng ho e-na le likotopo tse ’maloa tse nang le lik’heibole tsa motlakase o matla haholo. Re ile ra khetha libaka tse khethehileng ka likotopong tsena moo re neng re e boloka teng. Kaha bahlokomeli ba ne ba tšaba feela le ho atamela libakeng tsena, ha ho le ea mong ea kileng a nyakurela moo. Libuka tsa rōna li ne li lebetsoe ka hloko ke motlakase o matla haholo.”
Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng ha ba ntse ba phenyekolla, mokoronele eo o ile a fumana leqephe la Bibele e kopilitsoeng ka letsoho. Eitse ha a hlokomela se etsahetseng, a soaba habohloko eaba o re, “Lena ke leqephe la Bibele e ileng ea tla le ’na kampong ena!”
HO TŠOARA SEHOPOTSO
Selemo le selemo, barab’abo rōna ba ne ba leka ho tšoara Sehopotso likampong. Lilemong tsohle tseo barab’abo rōna ba ileng ba li qeta kampong e ’ngoe Mordvinia, ha ho le ea mong oa bona ea ileng a fetoa ke ketsahalo eo. Bonneteng batsamaisi ba kampo eo ba ne ba leka ho thibela barab’abo rōna ho tšoara Sehopotso. Ba ne ba tseba letsatsi la Sehopotso ’me hangata ka letsatsi leo ba laela lihlopha tsohle tsa balebeli ba kampong hore ba lule e le malala-a-laotsoe. Leha ho le joalo, ha le hlahlamela lithaba balebeli ba ne ba khathala ke ho lula ba lisitse barab’abo rōna, kaha ho ne ho se le ea mong ea tsebang hantle hore na Sehopotso se tla tšoareloa hokae kapa hore na se tla tšoaroa neng.
Kamehla barab’abo rōna ba ne ba leka ho fumana veine le bohobe bo sa lomosoang. Ka nako e ’ngoe sehlopha se seng sa balebeli ba neng ba behile batšoaruoa leihlo se ile sa fumana litšoantšetso ka laeng letsatsing la Sehopotso eaba sea li nka. Hamorao, sehlopha seo se ile sa chaisa eaba ho tla sehlopha se seng sa balebeli ’me mor’abo rōna ea neng a hloekisa ofisi ea molaoli oa sehlopha seo o ile a nka litšoantšetso tseo eaba o li fetisetsa ho barab’abo rōna ka lenyele. Mantsiboeeng ao barab’abo rōna ba ile ba tšoara Sehopotso ka litšoantšetso tseo ha ho se ho kene sehlopha sa boraro sa balebeli. Litšoantšetso tseo li ne li hlile li hlokahala kaha e mong oa barab’abo rōna o ne a ja litšoantšetso.
HO TŠOARA SEHOPOTSO KAMPONG EA BASALI
Ho ne ho e-na le mathata a tšoanang le ao likampong tse ling. Valentina Garnovskaya o hopola kamoo ho neng ho le thata kateng ho tšoara Sehopotso kampong ea basali Kemerovo. O re: “Ho ne ho e-na le baralib’abo rōna ba ka bang 180 kampong ena. Re ne re thibetsoe ho tšoara seboka. Ka lilemo tse leshome re ile ra khona ho tšoara Sehopotso habeli feela. Ka lekhetlo le leng re ile ra etsa qeto ea ho tšoarela Sehopotso ofising e ’ngoe eo ke neng ke e hloekisa. Lihora tse ’maloa pele ho Sehopotso, baralib’abo rōna ba ile ba qala ho bokana moo butle-butle ka lenyele. Baralib’abo rōna ba ka bang 80 ba ile ba khona ho tla. Re ile ra beha bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu holim’a deske.
“Re ile ra etsa qeto ea hore re se ke ra qala ka pina, kahoo morali e mong oabo rōna o ile a bula ka thapelo eaba re qala lintho tsohle ka tsela e hlomphehang re thabile. Empa ka tšohanyetso re ile ra utloa lerata le batho ba hoeletsang eaba rea lemoha hore balebeli ba ntse ba re batla. Ho sa le joalo, ke ha re bona molaoli oa sehlopha sa balebeli ka boeena a hloelisa ka fensetere, le hoja fensetere eo e ne e le holimo haholo. Ka eona nako eo, ra utloa lerata la motho ea kokotang monyako ’me motho e mong a laela hore re bule. Eaba bahlokomeli ba itšohlometsa ka hare ’me ba tšoara morali’abo rōna ea neng a fana ka puo eaba ba mo koalla a le mong ka seleng. Ka sebete morali e mong oabo rōna o ile a tsoela pele ka puo eo, empa le eena ba ile ba mo tšoara. Hang ha ba qeta ho mo tšoara, morali’abo rōna oa boraro o ile a tsoela pele ka puo, ke moo ba ileng ba re sheshenella kaofela ka phaposing e ’ngoe, ba re tšosa ka hore ba tla re isa seleng eo ho eona motho a koalloang a le mong. Ha re fihla moo re ile ra phetha Sehopotso ka ho bina pina le ho koala ka thapelo.
“Ha re khutlela matlong a batšoaruoa, batšoaruoa ba bang ba ile ba re khahlametsa ka mantsoe a reng, ‘Eitse ha re bona le se le nyametse kaofela ha lōna, eaba re nahana hore Armagedone e se e fihlile le hore Molimo o le nkile a le isa leholimong ’me o re siile mona hore re tl’o timetsoa!’ Re ne re se re qetile lilemo tse seng kae re e-na le batšoaruoa bana empa ba sa amohele ’nete. Empa ka mor’a moo ba bang ba bona ba ile ba qala ho mamela.”
“RE NE RE KHOBOKANA HAMMOHO”
Kampong e ’ngoe ea Vorkuta ho ne ho e-na le Lipaki tse ngata tse tsoang Ukraine, Moldova, Linaheng Tsa Baltic le lirephabliking tse ling tsa Soviet Union. Ivan Klimko o re: “E ne e le mariha selemong sa 1948. Le hoja re ne re se na lingoliloeng tsa Bibele, re ne re nka liphephechana ebe re ngola seo re se hopolang linthong tseo re li balileng limakasineng tsa khale re ntoo li patela bahlokomeli. Empa ba ne ba tseba hore re na le liphephechana tsa mofuta oo. Ba ne ba sa ntse ba tla re phenya-phenya haholo ka nako e telele. E ne e re ha ho hlile ho bata haholo mariha, ebe ba re ntšetsa ka ntle ’me ba re emisa ka mela e mehlano. Hangata bahlokomeli bao ba ne ba re bala ka makhetlo-khetlo. Ho bonahala eka ba ne ba lebeletse hore re ba nehe lipampiri tseo e le hore re se ke ra ema serameng se kenellang masapong. Ha ba ntse ba re bala khafetsa, re ne re khobokana hammoho ebe re tšohla ntlha e itseng ea Bibele. Re ne re lula re nahana ka litaba tsa moea. Jehova o ile a re thusa hore re lule re tšepahala ho eena. Hamorao barab’abo rōna ba ile ba ba ba atleha ho kenya Bibele ka kampong eo. Re ile ra e arola likoto e le hore ha ba phenyekolla ba se ke ba re amoha Bibele eohle.
“Ba bang ba balebeli ba ne ba utloisisa hore Lipaki Tsa Jehova ha lia lokela ho ba likampong tsa chankana. Batho bana ba mosa ba ne ba re thusa ka hohle kamoo ba ka khonang kateng. Neng kapa neng ha e mong oa rōna a fumana sephutheloana, ba bang ba bona ba ne ba iphapanya feela. Hangata ho ne ho e-na le leqephe le le leng kapa a mabeli a Molula-Qhooa a patiloeng ka har’a sephutheloana ka seng. Maqephe ana a neng a le bobebe haholo, e ne e le a bohlokoa ho feta matletsetletse a lijo. Kamehla, Lipaki li ne li bolaisoa tlala kampong e ’ngoe le e ’ngoe, empa moeeng li ne li khora.”—Esa. 65:13, 14.
“O TLA E AROLA LIKOTO TSE 50!”
Beke e ’ngoe le e ’ngoe barab’abo rōna ba ne ba khannela ba thahasellang ’nete lithuto tsa Bibele. Ha batšoaruoa ba bangata—esita le ba sa thahaselleng Bibele—ba se ba utloile hore ka hora ea bosupa mantsiboea ho khannoa lithuto tsa Bibele matlong a batšoaruoa, ba ne ba leka ho khutsa nakong eo. Iov Andronic o re: “Ho ne ho hlakile hore Jehova oa re hlokomela le hore o re thusa ho ntšetsa mosebetsi oa hae pele. Ho feta moo, re ne re loanela ho ratana ka lerato la Bokreste ka hore re phele ka melao-motheo ea Bibele. Ka mohlala, re ne re arolelana lijo tseo re li fumanang ka har’a liphutheloana tseo re li rometsoeng, e leng mokhoa o neng o sa tloaeleha likampong.
“Kampong e ’ngoe, Mykola Pyatokha e ne e le eena ea ikarabellang tabeng ea ho abela barab’abo rōna lijo. Ka nako e ’ngoe, le-KGB le leng le ile la re, ‘Ha u ka fa Mykola pompong e nyenyane feela, o tla e arola likoto tse 50!’ Barab’abo rōna ba ne ba le joalo. Re ne re arolelana lintho tsohle tse fihlang kampong ho sa tsotellehe hore na ke lijo tsa nama kapa tsa moea. Seo se ile sa re thusa sa ba sa fana ka bopaki bo botle bo ileng ba hapa batho ba lipelo li ntle.”—Mat. 28:19, 20; Joh. 13:34, 35.
BA EKELETSOA CHELETE KA LEBAKA LA BOITŠOARO BO BOTLE
Basebetsi ba kampong e ’ngoe ba neng ba sebetsana ka ho toba le Lipaki Tsa Jehova ba ile ba ekeletsoa meputso ka liphesente tse 30. Hobane’ng? Ha Viktor Gutshmidt a hlalosa, o re: “Motho e mong ea kileng a sebetsa licheleteng kampong eo o ile a ntlhalosetsa taba ena. O ile a re likampong tse ngata moo barab’abo rōna ba neng ba koaletsoe teng, batho ba sebetsang likampong tseo ba ne ba bolelloa hore ba se ke ba halefa kapa ba rohakana le hore ka linako tsohle ba nahanele batho ba bang ’me ba be mosa. Ba ne ba tla ekeletsoa moputso ka lebaka la boitšoaro bona bo botle. Sena se ne se etsoa ka boomo ho bontša motho e mong le e mong hore hase Lipaki Tsa Jehova feela tse neng li beha mohlala o motle le hore li ne li sa fapana ka letho le batho ba bang. Kahoo basebetsi ba ne ba lefshoa ka lebaka la boitšoaro bo botle. Ho ne ho e-na le batho ba bangata ba sebetsang kampong—lefapheng la bophelo, ba etsang mesebetsi ea matsoho, ba sebetsanang le lichelete, bahlokomeli—’me kaofela ha bona ba ne ba ka ba lekholo. Ho ne ho se motho ea batlang ho fetoa ke monyetla oo oa ho fumana chelete e eketsehileng.
“Ka letsatsi le leng mora e mong oabo rōna ea neng a sebetsa ka ntle ho kampo o ile a utloa mookameli oa sehlopha a halefile a ntse a rohakana. Letsatsing le hlahlamang, mora eo oabo rōna o ile a kopana le eena ka har’a kampo eaba o re ho eena: ‘E tlameha ebe ho ne ho e-na le motho ea hlileng a u khopisitseng ntlong ea balebeli. U ne u rohakana u halefile haholo.’ Monna eo o ile a re: ‘Bonneteng, ke ile ka ikutloa ke ntse ke tlallana ke bohale motšehare. Kahoo ke ile ka tsoela ka ntle ho kampo ho ea ntša bohale.’ Ka sebele ho ne ho le thata hore batho ba itšoare joaloka Lipaki Tsa Jehova.”
HO KENYA KHALASE HO ILE HA BA THUSA HO PAKA
Barab’abo rōna ba ne ba sebelisa menyetla eo ba e fumanang ho pakela batho ba bang ’me ka linako tse ling boiteko ba bona bo ne bo putsoa haholo. Nikolai Gutsulyak o re: “Re ne re atisa ho fumana lijo moo li rekisoang teng kampong. Ka linako tsohle ha ke ne ke il’o reka lijo, ke ne ke leka hore ke bue ka lintlha tse seng kae tse tsoang Bibeleng. Ka linako tsohle mosali ea rekisang lijo o ne a mamela ka hloko ’me ka lekhetlo le leng o ile a kōpa hore ke mo balle ho hong. Matsatsi a mararo ka mor’a moo, lesole le leng le ile la mpitsetsa hekeng. Le ile la re ’na le Paki e ’ngoe re e’o kenya khalase ea fensetere ntlong ea mookameli oa kampo.
“’Na le mora eo oabo rōna re ile ra ea motseng re felehelitsoe ke masole. Ha re fihla ntlong eo, mosali eane ea sebetsang moo ho rekisoang lijo ke eena ea ileng a bula monyako. E ne e le mosali oa molaoli oa kampo! Lesole le leng le ile la ema ka tlung ’me a mabeli a ema ka ntle seterateng, mabapa le fensetere. Mosali eo o ile a re fa tee, eaba o re kōpa hore re mo bolelle lintlha tse eketsehileng ka Bibele. Letsatsing leo re ile ra mo kenyetsa khalase ea fensetere ra ba ra mo pakela ka botlalo. Ha re qeta puisano ea rōna, o ile a re: ‘Le se ke la ntšaba. Batsoali ba ka e ne e le batho ba tšabang Molimo joaloka lōna.’ O ne a balla lingoliloeng tsa rōna sekhukhung, monna oa hae ea neng a hloile Lipaki a sa tsebe.”
“KHUTLELANG MESEBETSING EA LŌNA”
Ba bang ba boholong ba ne ba rata Lipaki ba bile ba li buella. Lilemong tsa bo-1970, lefapha la mokha oa Bokomonisi femeng ea ho rema lifate motseng oa Bratsk, o Lebatooeng la Irkutsk, le ile la etsa qeto ea ho leleka basebetsi bohle bao e leng Lipaki Tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ile ba bolelloa tjena: “Kaha ha le rate ’muso oa Masoviet, o ke ke oa le hlokomela. Kaha le rata Jehova, e-reng eena a le hlokomele.” Barab’abo rōna ba neng ba lelekiloe ba ile ba etsa qeto ea hore ntho e molemo ka ho fetisisa eo ba ka e etsang ke ho bolela pepenene, kahoo ba ile ba qala ho ea ka ntlo le ntlo. Ntlong e ’ngoe ho ile ha hlaha mosali, eaba barab’abo rōna baa ipolela hore na ke bo-mang ’me ba li otla mabala-nkoe ba hlalosa hore na ba tlile ka life. Ho ile ha utloahala lentsoe la monna ka kichineng le re: “U bua le bo-mang? E-re ba kene ka tlung.” Ha barab’abo rōna ba kena ka tlung, monna eo o ile a re: “Ke hobane’ng ha le sa ea mosebetsing? Hoa sebetsoa kajeno.” Barab’abo rōna ba ile ba mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ba se ba sa sebetse.
Ba ile ba fumana hore monna eo ke mochochisi le hore o ne a tlile lijong tsa motšehare lapeng. O ile a leba fonong a halefile ’me a botsa hore na ke ’nete hore lefapha leo le lelekile Lipaki Tsa Jehova kaofela. Ha mochochisi eo a utloa hore ho hlile ho joalo, o ile a tsoela pele, a re: “Ka lebaka lefe? Ha le tsebe hore le tlōtse molao? Ho hang ha le na tokelo ea ho etsa joalo! Ke le laela hore le khutlisetse Lipaki tsohle mesebetsing ea tsona le hore le li lefe moputso oa likhoeli tse tharo tseo li li qetileng li sa sebetse ka lebaka la qeto ea lōna.” Mochochisi eo o ile a beha fono fatše eaba o re ho barab’abo rōna, “Khutlelang mesebetsing ea lōna hosasane ’me le tsoele pele ho sebetsa moo.”
“HAESALE KE QALA HO PATA LINGOLILOENG KA 1947”
Lilemong tsa bo-1970 barab’abo rōna e ne e se e le litsebi tse hloahloa tsa ho hatisa lingoliloeng le ho li tsamaisa le ho li pata. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ne ho hlaha maemo a mang ao ho ’ona motho a neng a lokela ho nahana ka potlako. Grigory Sivulsky o re: “Ka letsatsi le leng ka 1976, ntlo ea rōna e ile ea phenyekolloa. Mantsiboeeng a la maobane, ke ne ke ile ka beha litlaleho tse ling le liaterese tsa barab’abo rōna habohlasoa tlas’a raka e nang le lilae tseo ho behoang liaparo ho tsona. Ha ma-KGB a ntse a phenyekolla, a ne a bonahala eka a hlile a tseba taba tsa ’ona, eka a tseba hantle seo a se batlang le hore na a tla se fumana hokae. Le-KGB le leng le ile la re ho ’na: ‘Ntlisetse tang le sekurufuteraefara re tl’o qhaqholla sofa ena.’ Ke ile ka rapela eaba ke araba ka sebete ke re:
“‘Hoja le ne le ile la re tsometsa joalokaha le ile la tsometsa Lipaki tse ling ha le il’o phenyekolla matlong a tsona, mohlomong le ka be le fumane ho hong ha ka mona. Empa kajeno lena le tsamaile hampe. Ha ho letho leo le tla le fumana.’
“Eaba le re: ‘Re ne re tla fumana eng?’
“‘Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Empa ha ho letho leo le tla le fumana kajeno.’
“Ke ile ka a neheletsa lithulusi tseo, eaba ke re, ‘Ha le qeta ho phenyekolla, le tla tlameha ho kopanya sofa eo hore e shebahale hantle feela kamoo e leng kateng hona joale.’
“A ile a qeaqea ho se hokae. Eitse ha ke bona hore a qakehile, eaba ke bua le le leng la ’ona leo e neng e sa ntsane e le mohlankana, ka re: ‘Haeba ha ke fose ha u e-s’o qete le lilemo tse tharo u ntse u phenyekolla u batla lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Empa ’na haesale ke qala ho pata lingoliloeng ka 1947. U se ke ua itšenyetsa nako ka ho phenyekolla mona; lingoliloeng tseo li sebakeng se sireletsehileng.’
“Se makatsang ke hore a ile a tsamaea. Litlaleho le liaterese tsa barab’abo rōna li ne li le haufinyane hoo le tsipa-sehole e neng e ka li fumana habonolo.”
NAKO EA LIPHETOHO TSA MORUO LE TSA LIPOLOTIKI
Ka 1985 ho ile ha phatlalatsoa nako ea liphetoho tsa moruo le tsa lipolotiki empa liphello tse neng li lebeletsoe ha lia ka tsa bonahala hang-hang. Libakeng tse ling, Lipaki li ne li ntse li ahloloa li bile li isoa lichankaneng joaloka pele. Leha ho le joalo, ka 1988 ofisi ea lekala ea Jeremane e ile ea ngolla ntlo-khōlō ea lefatše lohle lengolo le reng: “Mathoasong a selemo sena sa tšebeletso, ho ne ho bonahala eka ba boholong ba ikemiselitse ho fa [barab’abo rōna ba USSR] bolokolohi bo tōmanyana ba ho tšoara liboka, mohlomong le ba ho ba le lingoliloeng, haeba ba ne ba ka ingolisa ka molao. Libakeng tse ngata ba ile ba khona ho keteka Sehopotso ntle ho tšitiso ea letho. Ba bona eka ba boholong ba fetotse boikutlo ba bona haholo ka Lipaki.”
Ha nako e ntse e ea, barab’abo rōna ba khethiloeng ba ile ba romella lekala la Jeremane liaterese tsa barab’abo rōna ba neng ba lakatsa hore lijo tsa moea li fihlele malapeng a bona ka poso. Bona ba ne ba tla li fetisetsa ho baholo ba neng ba tla tiisa hore motho e mong le e mong o fumana lijo tseo tsa moea. Ka February 1990, ho ne ho se ho e-na le liaterese tse joalo tse ka bang 1 600 tse neng li sebelisetsoa ho romela lijo tsa moea ho barab’abo rōna hang ka khoeli.
Ka 1989 Lipaki tse likete tse seng kae tsa Soviet Union li ile tsa khona ho ea kopanong e khōlō e khethehileng Poland. Morali e mong oabo rōna oa motseng oa Naberezhnye Chelny, ea bitsoang Yevdokia, o re: “Re ile ra rapela Jehova ka tieo hore re khone ho ea kopanong ea pele e neng e tšoeroe ka bolokolohi. Ha motsamaisi oa khoebo eo ke neng ke e sebeletsa a utloa hore ke batla ho tsoa ka har’a naha, o ile a khotsa a re: ‘Hao! Athe ha u shebelle thelevishene? Leliboho le koetsoe ebile ha ba lumelle motho leha e le ofe hore a tšele!’
“Ke ile ka mo araba ka sebete, ka re: ‘Ba tla le bula.’ Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Ha re fihla Brest, liofisiri tse hlahlobang thepa e kenang le e tsoang ka hare ho naha li ile tsa lumella Lipaki Tsa Jehova feela hore li tšele. Ha lia ka tsa phenyekolla thepa ea rōna ho hang ebile li ile tsa re tšoaroa ka mosa kaofela ha rōna. Motho e mong eo e neng e se Paki o ile a iketsa eka ke e mong oa ba eang kopanong eaba o imatahanya le rōna ha re tšela. Leha ho le joalo, kapele-pele liofisiri tseo li ile tsa mo lemoha tsa ba tsa mo tšoara. Li ile tsa mo tseba joang? Bohle ba eang kopanong ba ne ba bososela ke thabo ba bile ba nkile mekotla e menyenyane.”
BA ILE BA AMOHELOA KA MOFUTHU MOSCOW
Ho ne ho se ho fetile lilemo tse 40 ho tloha ka 1949 ha Lipaki Tsa Jehova li ne li kōpa hore ’muso o ngolise mosebetsi oa tsona ka molao Moscow. Ka nako eo, matsoalo a barab’abo rōna a ne a sa ba lumelle ho etsa lintho tseo ’muso oa Stalin o neng o batla hore ba li etse. Empa ka la 26 February, 1990, molula-setulo oa Komiti ea Litaba Tsa Bolumeli Moscow o ile a amohela moifo oa Lipaki Tsa Jehova. Batlatsi ba hae ba babeli le batho ba bang ba bararo bao a sebetsang le bona ba ne ba le teng sebokeng seo. Moifo oa Lipaki Tsa Jehova o ne o akarelletsa batho ba 15: barab’abo rōna ba 11 ba Russia le ba lirephabliking tse ling tsa Soviet Union, Milton Henschel le Theodore Jaracz ba tsoang Brooklyn, hammoho le Willi Pohl le Nikita Karlstroem ba tsoang lekaleng la Jeremane.
Molula-setulo o ile a bula seboka ka mantsoe ana: “Re thabile haholo ha e le mona re kopane le Lipaki Tsa Jehova. Ke utloile lintho tse ngata ka lōna, empa lena ke lekhetlo la pele ke kopana le lōna. Re kōpa hore re buisaneng ka bolokolohi.” Barab’abo rōna ba ile ba bolela hore ba lakatsa ho etsa kōpo ea ho ngolisa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ka molao Soviet Union. Molula-setulo o ile a tsoela pele ho re: “Tseo ke litaba tse monate, ebile li fihlile ka nako. Haufinyane e tla be e le selemo, e le nako ea ho jala. Kahoo re ka lebella hore ho tla ba le liphello tse molemo le litholoana tse ntle.”
Ha molula-setulo a kōpa barab’abo rōna hore ba ipolele hore na ke bo-mang, ho ne ho le pepenene hore Lipaki Tsa Jehova li ne li ka fumanoa naheng ka bophara, ho tloha Kaliningrad ho ea Bochabela bo Hōle. Molebeli e mong oa potoloho o ile a re: “Ke moemeli oa liphutheho tse ’nè tse Lebatooeng la Irkutsk. Empa ke boetse ke hlokomela tse Bochabela bo Hōle, tse profinseng ea Khabarovsk le ea Krasnoyarsk le tse lebatooeng la Novosibirsk le la Omsk.” Molula-setulo eo o ile a re, “Le akaretsa sebaka se seholo, se fetang sa lichaba tse ngata!”
Motlatsi oa molula-setulo o ile a re: “Re lokela hore re ke re hlakisetsoe haholoanyane hore na le lumela eng, kaha tse ling tsa lintho tseo le li lumelang ha re li utloisise. Ka mohlala, ho na le buka e ’ngoe ea lōna e reng Molimo o tla hloekisa lefatše ’me a felise mebuso eohle e teng kajeno. Taba eo ha re e utloisise.” Eaba mor’abo rōna Pohl o mo araba ka ho re: “Lipaki Tsa Jehova ha li kheme le liketso leha e le life tse mabifi. Haeba buka eo e hlalosa joalo, e bua ka boprofeta bo tobileng bo hlahang ka Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li bua ka ’Muso oa Molimo le ka bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng.”
Motlatsi oa molula-setulo a re, “Ha ho letho le phoso ka seo.”
Qetellong ea puisano eo, molula-setulo a re: “Ka sebele re thabetse ho kopana le lōna. Le lokela ho ngolisoa ka molao kapele kamoo ho ka khonehang.”
Ka March 1991, Lipaki Tsa Jehova tsa Russia li ile tsa ngolisoa ka molao. Ka nako eo, ho ne ho e-na le baahi ba fetang limilione tse 150 Russia ’me ho ile ha tlalehoa hore ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 15 987. Kahoo, ho ne ho hlokahala hore bara le barali babo rōna ba Russia ba fumane thupelo e eketsehileng e tsoang ho Jehova.—Mat. 24:45; 28:19, 20.
“RE NE RE QALA HO IKUTLOA RE THABILE RE BILE RE LOKOLOHILE HAKAALO!”
Kaha Finland e haufi le Russia, Sehlopha se Busang se ile sa kōpa lekala la Finland hore le thuse ho hlophisa kopano ea machaba St. Petersburg, Russia, e ileng ea tšoaroa ka la 26-28 June, 1992. Barab’abo rōna ba ile ba ikutloa joang ha e le moo ba ne ba tšoere kopano ba lokolohile ka mor’a ho qeta lilemo tse fetang 50 mosebetsi oa bona o thibetsoe? Mora e mong oabo rōna o re: “Re ne re baloa ka likete lebaleng leo la lipapali. Likeleli li ne li keleketla li sa khaotse. Re ne re qala ho ikutloa re thabile re bile re lokolohile hakaalo! Re ne re sa lore le ho lora feela hore re tla ke re lokolohe joalo tsamaisong ena ea lintho. Empa Jehova o ile a etsa hore seo se khonehe. Re ile ra hopola ha re ne re robetse seleng eo ho koalloang motho a le mong ho eona kampong e kampetsoeng ka terata e telele re le bahlano ’me ba bane ba rōna ba chenchana hore ba futhumatse oa bohlano. Lebala la lipapali le ne le kampetsoe ka lerako le lelelele. Empa re ne re batla ho lula moo halelele kamoo ho ka khonehang. E ne e le boikutlo boo re sitoang ho bo hlalosa.
“Haesale likeleli li keleketla mahlong a rōna kopanong eo kaofela. Re ne re lla ke thabo kaha re ne re qala ho bona mohlolo o joalo. Le hoja re ne re se re le ka holimo ho lilemo tse 70, re ne re ea holimo le tlaase lebaleng leo la lipapali eka re na le mapheo. Re ne re se re qetile lilemo tse 50 re letetse bolokolohi bo kang bona. Qalong Jehova o ile a lumella hore re lelekeloe Siberia, eaba re isoa lichankaneng le likampong. Empa joale re ne re se re le lebaleng la lipapali! Jehova o matla ho feta leha e le mang. Re ile ra ema re shebane re ntse re sisa pelo. Kaofela ha rōna re ne re utloa eka rea lora. Bara ba bang babo rōna ba bacha ba ile ba re pota-pota ’me ba re: ‘Molato ke eng? Na ho na le motho ea le utloisitseng bohloko?’ Empa ra sitoa ho ba araba kahobane re ne re lla. Leha ho le joalo, e mong oa rōna o ile a re, ‘Re llisoa ke thabo!’ Re ile ra ba phetela kamoo re ileng ra sebeletsa Jehova kateng ka lilemo tse ngata ha mosebetsi o ne o thibetsoe. ’Me joale re ne re sa kholoe hore Jehova o fetotse lintho tsohle ka ho panya ha leihlo.”
Ka mor’a kopano eo e sa lebaleheng, lekala la Finland le ile la kōptjoa hore le romele bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 15 Russia. Ka la 1 July, 1992, banyalani ba bang ba chesehang ba tsoang Finland, e leng Hannu le Eija Tanninen, ba ile ba fihla St. Petersburg, moo ba neng ba abetsoe ho sebeletsa teng. Ha ba fihla moo, bothata ba bona bo ka sehloohong e ne e le ho ithuta puo. Ka mor’a letsatsi la pele la ho ithuta puo, ba ile ba ea tšebeletsong ’me ba bolella batho hore ba ka rata ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele le bona. Hannu o re: “Mathoasong a lilemo tsa bo-1990, hoo e ka bang motho e mong le e mong motseng moo o ne a batla ho ithuta Bibele. Ha re ne re paka seterateng, batho ba ne ba ithaopela ho re fa liaterese tsa bona. Batho bohle ba ne ba batla lingoliloeng. Haeba motho a ne a ka neha motho a le mong makasine kapa pampitšana ha a ntse a paka seterateng, ba bang ba leshome ba mo bonang ba ne ba tla ba tlil’o kōpa sengoliloeng. Batho ba ne ba sa nke lingoliloeng feela empa hangata ba ne ba bile ba qala ho li bala hang-hang hona seterateng moo kapa seteisheneng sa terene.”
Ho tloha ka October 1992 ho ile ha boela ha fihla bo-pula-maliboho ba bangata ba khethehileng ba tsoang Poland. Sehlopheng sa pele ho ne ho e-na le baralib’abo rōna ba sa nyaloang. Ka mor’a nakoana ho ile ha fihla sehlopha sa bobeli se tsoang Poland ’me sa romeloa St. Petersburg. Ka mor’a selemo, sehlopha se seng sa bo-pula-maliboho ba Mapolishe se ile sa romeloa Moscow. Lilemo tse itseng hamorao, baithaopi ba fetang 170 ba tsoang Poland, bao boholo ba bona ba neng ba tsoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (MTS), ba ile ba khetheloa ho ea sebeletsa Russia.
MONYAKO O MOHOLO O ISANG TŠEBETSONG
Ka mor’a kopano eo ea machaba ea St. Petersburg, Sehlopha se Busang se ile sa lumella barab’abo rōna hore ba reke setša se loketseng se boholo ba lihekthere tse supileng se neng se e-na le mehaho ea khale, motsaneng oa Solnechnoye, o haufi le toropo. E ne e le nako ea ho haha Bethele Russia. Lekala la Finland le ile la kōptjoa hore le thuse mosebetsing oa kaho. Ka September 1992, sehlopha sa pele sa baithaopi ba tsoang Finland se ile sa fihla Solnechnoye. E mong oa barab’abo rōna ba neng ba le teng sehlopheng seo, e leng Aulis Bergdahl, eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Komiti ea Lekala, o re: “Ka thabo ’na le mohats’a ka Eva Lisa, re ile ra amohela memo ea ho ea thusa ho haha Bethele Russia. Re ne re bona ka ho hlaka hore ke Jehova ea tsamaisang mosebetsi ona, kaha o ne o tšehetsoa ke barab’abo rōna lefatšeng ka bophara.”
Alf Cederlöf, eo e neng e le molebeli oa kaho ea tsoang Finland le mohats’ae Marja-Leena, e ne e le bona ba neng ba khothatsa barab’abo rōna bohle ba sebetsang setšeng. Litho tsa Komiti ea Lekala ea Finland le tsona li ne li ba khothatsa haholo. Nakong ea kaho barab’abo rōna ba Brooklyn ba ne ba etela Solnechnoye. Aulis o re: “Ka 1993, Milton Henschel o ile a re etela ka mor’a kopano ea machaba Moscow. Ha a fana ka lipuo tsa hae le ha a buisana le baithaopi ba sebetsang setšeng, o ile a ba khothatsa haholo.”
Ho ne ho e-na le baithaopi ba ka bang 700—ba tsoang Scandinavia, Europe, Amerika, Australia, Russia le lirephabliking tsa mehleng tsa Soviet Union—ba neng ba sebetsa kahong ea Bethele. E ne e le batho ba litso le limelo tse fapa-fapaneng ba bile ba sebetsa ka litsela tse sa tšoaneng. Empa joalokaha Zakaria 4:6 e bolela, mosebetsi oo o ile oa phethoa, “‘eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” Ka sebele e ne e le Jehova ea hahang “ntlo” ena. (Pes. 127:1) Barab’abo rōna ba Russia ba ile ba ithaopela ho etsa mosebetsi oa ’Muso. Boholo ba bona ba ne ba sa le bacha ba bile ba sa tsoa kena ka phuthehong, empa ba bangata ba ne ba se ba qalile ho bula maliboho. Ba ne ba ikemiselitse ho ithuta ho sebetsa ka potlako, ho etsa mosebetsi oa boleng bo phahameng le ho etsa lintho ka tsela e tšoanang le eo li etsoang ka eona ka phuthehong.
HO HLOPHISA MOSEBETSI
Ho elella qetellong ea 1993, litho tsa Komiti ea Naha ea Russia li ile tsa fihla Solnechnoye. Ba neng ba menngoe e ne e le Ivan Pashkovsky, Dmitry Livy, Vasily Kalin, Aleksey Verzhbitsky, Anatoly Pribitkov le Dmitry Fedunishin. Hoo e ka bang selemo hamorao, ho ile ha tla Mikhail Savitsky. Sehlopha se Busang se ile sa fa Horst Henschel, ea tsoang lekaleng la Jeremane, boikarabelo ba ho thusa barab’abo rōna ho hlophisa mosebetsi.
E ’ngoe ea lintho tsa pele tse neng li lokela ho hlophisoa e ne e le mosebetsi oa balebeli ba tsamaeang. Qalong ho ile ha thehoa lipotoloho tse hlano ka har’a naha, tse peli li le St. Petersburg ’me tse tharo li le Moscow le libakeng tse ling tse ka mathōko. Balebeli ba potoloho ba pele ba bahlano ba neng ba sebetsa ka nako eohle e ne e le Artur Bauer, Pavel Bugaisky le Roy Öster ba neng ba potoloha Moscow, le Kzyztov Poplawski le Hannu Tanninen, ba neng ba potoloha St. Petersburg. Hamorao Roman Skiba le eena o ile a khethoa hore e be molebeli oa potoloho. Matthew Kelly ea tsoang United States, ea neng a ile a ea MTS ka 1992, o ile a abeloa ho ba molebeli oa setereke ea sebetsang ka linako tse itseng.
Ha Hannu Tanninen a hopola hore na ho ne ho e-ba joang ha balebeli ba potoloho ba qala ho etela liphutheho mathoasong a lilemo tsa bo-1990, o re: “Ke ile ka romela lengolo phuthehong e ’ngoe Petrozavodsk, rephabliking ea Karelia ho e tsebisa ka ketelo e tlang. Lengolo leo le ne le hlalosa hore na liboka li lokela ho tšoaroa joang bekeng eo. Ha ke fihla phuthehong eo ke e-na le mohats’a ka, moholo e mong o ile a re khahlanyetsa seteisheneng sa terene eaba re ea ha hae. O ile a re bontša lengolo leo eaba o re: ‘Re fumane lengolo lena le tsoang ho uena, empa kaha re ne re sa utloisise hore na le hlile le bolela’ng, re ile ra etsa qeto ea hore re se ke ra etsa letho ka lona re mpe re u emele hore u tl’o re hlalosetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.’
“Ha molebeli oa potoloho a qala ho etela motseng oa Murmansk, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 385 ba khannang lithuto tsa Bibele tse fetang 1 000. Leha ho le joalo, bonneteng palo ea batho ba neng ba ithuta Bibele e ne e feta moo hōle hobane batho ba thahasellang ba ne ba khanneloa lithuto e le lihlopha. Ka mohlala, morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho o ne a e-na le lithuto tsa Bibele tse 13, empa o ne a ithuta le batho ba fetang 50!
“Kabelo ea rōna ea bobeli e ne e le ho ea lebatooeng la Volgograd le la Rostov. Ho ne ho e-na le liphutheho tse ’nè feela Volgograd, har’a baahi ba fetang milione. Barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho ithuta ho khanna liboka le lithuto tsa Bibele le ho bolela ka ntlo le ntlo. Nako le nako ha re etela liphutheho, re ne re lokela ho theha phutheho e ncha. Ha re hlophisa tlaleho ea molebeli oa potoloho, re ne re bala hore na ho kolobelitsoe ba bakae ho tloha ketelong e fetileng. Phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe re ne re fumana hore ho kolobelitsoe batho ba 50, 60 kapa 80 ho tloha ha re ne re e etetse nakong e fetileng ’me phuthehong e ’ngoe ho ne ho bile ho kolobelitsoe ba fetang 100! Ka lebaka leo, ka lilemo tse tharo feela ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse 16 motseng oo.”
Ka January 1996, ho ile ha khethoa Komiti ea Lekala Russia. Ka nako eona eo, ho ile ha khethoa balebeli ba setereke ba pele ba sebetsang ka nako eohle. Ba bang ba bona e ne e le Roman Skiba (ea neng a abetsoe ho sebetsa Siberia le Bochabela bo Hōle), Roy Öster (ea neng a abetsoe ho sebetsa Belarus, Moscow le St. Petersburg ho ea fihla Lithabeng Tsa Ural), Hannu Tanninen (ea neng a abetsoe ho sebetsa Caucasia ho ea fihla Nōkeng ea Volga) le Artur Bauer (ea neng a abetsoe ho sebetsa Kazakhstan le Asia Bohareng). Mehleng eo, molebeli ka mong oa setereke o ne a boetse a sebetsa potolohong e nyenyane ho phaella seterekeng seo a se abetsoeng.
HO EA LIBAKENG TSE HŌLE
Roman Skiba ke e mong oa bo-pula-maliboho ba pele ba khethehileng ba ileng ba fihla Russia ba tsoa Poland mathoasong a 1993. O re: “Ka October 1993, ke ile ka khetheloa ho ba molebeli oa potoloho. Potoloho ea ka ea pele e ne e akarelletsa liphutheho tse karolong e ka boroa ea St. Petersburg, Lebatooa la Pskov le Belarus kaofela. Ho ntse ho le joalo, e ne e se eona potoloho e khōlō ka ho fetisisa Russia. Leha ho le joalo, ka mor’a nako e khutšoanyane ke ile ka tlameha ho tloaela ho ea libakeng tse hōle. Ka November 1995, ke ile ka abeloa ho ba molebeli oa potoloho Lithabeng Tsa Ural ka ba ka khetheloa ho ba molebeli oa setereke ea tšoereng molepo. Ke ne ke tsamaea Lithabeng Tsa Ural, Siberia eohle le Bochabela bo Hōle. Ha mora e mong oabo rōna a sebetsa lipalo o ile a fumana hore sebaka seo se ka kopola Poland ka makhetlo a 38! Se ne se e-na le mabatooa a robeli a nang le linako tse sa tšoaneng! Hoo e ka bang lilemo tse peli hamorao, lekala le ile la nkōpa hore ke etele sehlopha se seng Ulaanbaatar, e leng motse-moholo oa Mongolia.”
Mor’abo rōna Skiba o tsoela pele ho re: “Ka nako e ’ngoe ke ne ke ea Yekaterinburg ke tloha Noril’sk, ka leboea ho Arctic Circle ’me ke ne ke lokela ho palama lifofane tse peli. Pele ke ile ka palama se tlohang Noril’sk se eang Novosibirsk, eaba ke palama se eang Yekaterinburg. Re ke ke ra lebala leeto lena hobane ho ne ho bonahala eka re ke ke ra fihla moo re eang teng. Sefofane se tlohang Noril’sk se ile sa tsamaea ka mor’a lihora tse 12, ka lebaka leo ’na le mohats’a ka Lyudmila re ile ra qeta letsatsi lohle boema-fofane. Se thabisang ke hore re ile ra tloaela ho ithuta ha re ntse re le maetong.
“Ka linako tse ling, ho sa tsotellehe boiteko bohle ba rōna, re ne re fihla ka mor’a nako phuthehong eo re e etelang. Ka nako e ’ngoe ha re ne re ea phuthehong e ’ngoe e motsaneng oa Ust’-Kan o thabeng, rephabliking ea Altai, re ne re tlameha ho tsamaea ka koloi litseleng tse mpe tsa lithabeng. Re ne re lokela ho fihla phuthehong eo esale nako e le hore ke tsebe ho hlahloba litlaleho tsa phutheho, empa ka bomalimabe koloi e ile ea robeha eaba re fihla libokeng lihora tse peli ka mor’a nako ea liboka. Re ne re nyahame hoo re neng re nahana hore mohlomong re tla fumana barab’abo rōna kaofela ba se ba itsamaetse. Le hoja ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 40 feela moo, re ile ra makala hakaakang ha re fumana batho ba 175 kaofela ba ntse ba re emetse ka holong e hiriloeng! Ho bonahala eka ha re ntse re tšoareletsoe ke koloi, ba bangata ba thahasellang ba lulang metseng e meng e lithabeng ba ile ba khona ho tla sebokeng seo.”a
LIKOPANO TSE SA LEBALEHENG
Ho ile ha tšoaroa likopano tsa setereke ka lekhetlo la pele metseng e meng e meholo, moo barab’abo rōna ba neng ba qala ho hlophisa likopano tse khōlō. Ka 1996, barab’abo rōna ba ile ba khetha lebala la lipapali le loketseng motseng oa Yekaterinburg leo ba ka tšoarelang kopano ea setereke ho lona. Roman Skiba o re: “Ho ne ho se ho metse joang moo batho ba lulang teng lebaleng leo la lipapali le hona ka har’a lebala, ho bile ho e-na le lifate tsa birch tse bolelele ba limithara tse peli. Ho ne ho setse libeke tse tharo feela pele ho kopano ’me liphutheho li ne li le tharo feela motseng oo le libakeng tse mathōkong a oona. Ka lehlohonolo, motsamaisi oa lebala leo la lipapali o ne a ikemiselitse ho sebelisana le rōna le hoja a ne a sa utloisise hore na re tla khona ho tšoara kopano joang lebaleng leo la lipapali. Barab’abo rōna ba ile ba thakhola mosebetsi ’me ka letsatsi le behiloeng, lebala la lipapali le ne le hloekile hoo e neng eka le lecha. Motsamaisi eo o ne a sa kholoe seo a se bonang!” E le ho bontša teboho, o ile a lumella barab’abo rōna hore ba tšoarele Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho mohahong o mong oa lebala leo la lipapali. Mora e mong oabo rōna o re: “Ka mor’a kopano eo, lebala leo la lipapali le ile la boela la sebelisetsoa ho tšoara lipapali, e leng se ileng sa tlisetsa motse oo chelete.”
Ka linako tse ling ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba tenyetsehe le maemo ’me ba be le mamello hore ba khone ho tšoara likopano tse khōlō le tse nyenyane. Ka 1999, ho ne ho tl’o ba le kopano ea potoloho eo ho eona ho neng ho lebeletsoe batho ba 5 000, empa barab’abo rōna ba ile ba sitoa ho fumana lebala la lipapali leo ba ka le hirang motseng oa Vladikavkaz. Kahoo hang-hang barab’abo rōna ba ile ba qala ho hlophisa lenaneo le leng la kopano e nyenyane. Ho ile ha tšoaroa lenaneo le khutsufalitsoeng la letsatsi le le leng ka makhetlo a mahlano holong ea libaesekopo e hiriloeng Vladikavkaz. Ka mor’a moo, mafelong a mang a beke, ho ile ha e-ba le lenaneo le feletseng la kopano ea potoloho ea matsatsi a mabeli libakeng tse peli tse arohaneng ka lik’hilomithara tse ka bang peli motseng oa Nal’chik. Kopano e neng e tšoaretsoe holong e ’ngoe e ile ea qala lihora tse peli ka mor’a e ’ngoe, e le hore libui tse tsoang kopanong ea pele li khone ho ea fihla kopanong ea bobeli. Balebeli ba bang ba tsamaeang ba ne ba nahana hore ba tla cha mantsoe le pele likopano tseo li fela. Mora e mong oabo rōna o ile a hakanya hore o fane ka lipuo tse 35 bekeng eo! Lintho li ile tsa tsamaea bothebelele ho fihlela lihoreng tsa motšeharenyana ka Moqebelo ha ho fihla batho ba ileng ba sitisa lenaneo ho tsoela pele ka holong e ’ngoe. Banna ba bang ba apereng junifomo ba tsamaeang ka ntja ba ile ba kena ka holong eaba ba re motho e mong le e mong a tsoe ka holong hang-hang ka mabaka a ke keng a qojoa. Bara le barali babo rōna ba ile ba tsoa ka holong ba khobile matšoafo joaloka mehleng, eaba ba qala ho ja lijo tsa bona tsa motšehare le ho thabela botsoalle ka ntle ho mohaho. Motho e mong ea chesehelang bolumeli ka ho feteletseng o ne a ile a founela ba boholong ’me a ba bolella hore ho chehiloe bomo mohahong oo. Holo e ile ea phenyekolloa empa ha se ke ha fumanoa letho, kahoo barab’abo rōna ba ile ba lumelloa hore ba tsoele pele ka lenaneo la kopano. Ka mor’a hore lenaneo le fetoloe mona le mane, kopano e ile ea fihla sephethong sa eona ’me bohle ba ne ba ruile molemo lenaneong leo la kopano.
MAJOE, LITHEBE LE LISABOLE
Ka potlako peō ea ’nete e ile ea hasoa hohle ka har’a naha. Eija Tanninen o re: “Ka 1998 re ne re itokisetsa ho nka leeto la lihora tse 15 ka terene ha re tloha kopanong e ’ngoe ea setereke re ea ho e ’ngoe. Barab’abo rōna ba ile ba re kōpa hore re nke lintho tse ngata tse tla sebelisoa ha ho etsoa tšoantšiso kopanong. Ho ne ho batla ho le kotsi ho etsa joalo hobane re ne re tseba hore batho ba sebetsang tereneng ba ne ba sa rate batho ba nkileng thōtō e ngata. Empa ka thuso ea barab’abo rōna, re ile ra iteta sebete ’me ra kena ka lekarecheng la rōna le nkang batho ba bane re nkile majoe, lithebe, lisabole le mekotla e tletseng liaparo. Re ile ra lula le baeti ba bang ba babeli ka lekarecheng leo re nkile thepa ea rōna kaofela.
“Ha mosali e mong ea sebetsang tereneng a tl’o hlahloba litekete tsa rōna, o ile a re botsa hore na ke hobane’ng ha re nkile thōtō e ngata hakaalo. Re ile ra mo hlalosetsa hore lintho tsena li il’o sebelisoa ha ho etsoa tšoantšiso kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova. O ile a ba mosa haholo a ba a re bolella hore pejana o kile a mamela puo ea phatlalatsa eo monna oa ka a ileng a fana ka eona ha re etetse phuthehong e ’ngoe motseng oa habo. Re ile ra hlokomela hore ke Jehova ea re thusitseng.”
BATHO BA TLIL’O SHEBELLA HA HO KHANNOA THUTO
E mong le e mong oa baralib’abo rōna o ne a ka ithuta lintho tse ngata ho ba bang. Eija o re: “Kea elelloa hore ha re qala tšebeletso ea rōna Russia, ho ne ho hlokahala hore baralib’abo rōna ba be le mamello e khōlō le boikokobetso hobane ke ne ke sa tsebe ho bua puo ea moo hantle. Se ileng sa nkama maikutlo ke ha ke bona kamoo baralib’abo rōna ba neng ba ikemiselitse kateng ho ithuta ho khanna lithuto tsa Bibele. Ba bangata ba bona ba ne ba sa tsoa ithuta ’nete, athe ba bang ba ile ba sebeletsa Molimo ha mosebetsi oa rōna o ntse o thibetsoe, kahoo ba ne ba sa khone ho fumana thupelo e tsoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova kamehla.
“Re ile ra sebeletsa motseng oa Volzhskiy ho tloha ka 1995 ho fihlela ka 1996. Hangata ha morali e mong oabo rōna a ne a ka nkōpa hore ke tsamaee le eena ha a il’o khanna thuto ea Bibele, ba bang ba ’maloa le bona ba ne ba kōpa ho tsamaea le rōna. Qalong ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ba etsa joalo, empa ba ile ba ntlhalosetsa hore ba batla ho bona hore na lithuto tsa Bibele li khannoa joang e le hore le bona ba ithute. Ke ile ka ba bolella hore haeba seithuti sa Bibele se ke ke sa e-ba le bothata ’me boteng ba bona bo sa etse hore se be lihlong, ho lokile ba ka tla. Hangata baralib’abo rōna ba tšeletseng ho ea ho ba leshome ba ne ba tsamaea le rōna, ba nka hore liithuti tsa Bibele li ke ke tsa e-ba le bothata ’me ho ne ho fela ho e-ba joalo. Ka mor’a likhoeli li se kae, ke ile ka bona liithuti tse ngata tsa Bibele le tsona li qala ho khannela batho ba thahasellang lithuto tsa Bibele. Ka nako eo, ho ne ho e-na le liphutheho tse peli Volzhskiy. Lilemo tse leshome hamorao ho ne ho se ho thehiloe liphutheho tse 11.”
THAPELO EA HAE E ILE EA ARAJOA
Ho hlakile hore bara le barali babo rōna ba bacha ’neteng hase bona feela ba ileng ba rua molemo o moholo thupelong ea puso ea Molimo, empa le ba neng ba sebelelitse Jehova ka lilemo-lemo ha mosebetsi o ntse o thibetsoe ba ile ba rua molemo o moholo. Hannu Tanninen o re: “Nako le nako re ile ra bona ha mangeloi a re tataisa maemong a sa tšoaneng ra ba ra bona le liketsahalo tse ileng tsa re ama haholo. Ka 1994, re ile ra fihla phuthehong e ’ngoe e ncha Novgorod, eo hona joale e bitsoang Veliky Novgorod, eaba barab’abo rōna ba re isa foleteng e ’ngoe moo re neng re tla lula teng bekeng eo. Ho ne ho e-na le moeti e mong ea bitsoang Maria foleteng eo; e ne e le morali’abo rōna ea seng a hōlile ea neng a tsamaile lik’hilomithara tse ka bang 50 ’me o ne a tlile moo ka lebaka la ketelo eo. O ne a qetile lilemo tse 50 a le linneteng ’me o ne a lakatsa ho kopana le e mong oa balebeli ba pele ba potoloho ba ileng ba khethoa ka mor’a hore thibelo e tlosoe. Re ile ra mo kōpa hore a re bolelle hore na o ithutile ’nete joang. O ile a re bolella hore ha a le lilemo li 17 o ile a isoa kampong e ’ngoe ea mahloriso Jeremane moo a ileng a kopana le Lipaki Tsa Jehova teng. O ile a amohela ’nete eaba o kolobetsoa ke morali’abo rōna eo e neng e le motlotsuoa hona kampong eo. Qetellong Maria o ile a lokolloa chankaneng ’me a khutlela Russia ho ea bolela litaba tse molemo tsa ’Muso teng. Nakoana ka mor’a moo, o ile a tšoaroa ’me a kenngoa chankaneng ka lebaka la mosebetsi oa hae oa boboleli. O ile a qeta lilemo tse ngata likampong tsa mahloriso Soviet Union.
“Ha a qeta ho re phetela sena, re ile ra ameha maikutlo ha re utloa morali enoa oabo rōna ea ikokobelitseng a bolela hore ho se ho fetile libeke tse ’maloa a ntse a rapela Jehova hore a mo bontše haeba ho e-na le ho hong ho phoso ka tsela eo a mo sebeletsang ka eona. Hamorao mantsiboeeng ao ke ile ka mo bolella hore ho na le taba e itseng e kileng ea tšohloa khale koana sehloohong sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng o mong. Se ile sa bontša hore ke habohlokoa hore motho a kolobetsoe ke mor’abo rōna oa Mokreste, e le hore kolobetso e be e loketseng. Maria o ile a leboha haholo. O ne a kholisehile hore lithapelo tsa hae li arabetsoe. Kahoo o ile a thabela ho kolobetsoa ka bateng e khōlō. Ho ne ho se ho fetile lilemo tse 50 ho tloha ha a inehela ka 1944.”
LIJO TSA MOEA LI ISOA MABATOOENG A 11 A NANG LE LINAKO TSE SA TŠOANENG
Ho tloha mathoasong a selemo sa 1991, liphutheloana tse nyenyane tse tsoang Jeremane kapa Finland li ile tsa romeloa Russia. Ka July 1993, teraka ea pele e tsoang Jeremane e ile ea fihla Solnechnoye e laetse lingoliloeng tse boima ba lithane tse 20. Literaka tse tsoang lekaleng la Russia li ile tsa qala ho isa thepa Moscow, Belarus le Kazakhstan. Ho ne ho e-na le mathata. Ka mohlala, ha barab’abo rōna ba isa lingoliloeng Kazakhstan, ba ne ba lokela ho nka leeto la lik’hilomithara tse 5 000 ho ea feela. Ba ne ba tšoarelloa nako e telele malibohong ’me ha e le mariha literaka li ne li qaoa lehloeng.
Hona joale, ho fihla lingoliloeng tse boima ba lithane tse ka bang 200 Solnechnoye khoeli le khoeli. Bakhanni ba literaka tsa Bethele ba sebelisa monyetla o mong le o mong oo ba o fumanang ho pakela balebeli ba leliboho kapa liofisiri tse hlahlobang thepa. Har’a bona ho na le ba thabelang ho bala lingoliloeng tsa Bibele. Ha lepolesa le leng le ntse le hlahloba teraka ea Bethele ’me le elelloa hore ke ea mokhatlo oa bolumeli, le ile la qala ho hoeletsa le ho nyefola bolumeli ka kakaretso. Le ile la bolela kamoo moruti e mong a ileng a le hlapaola kateng ha le ne le mo emisa ka lebaka la hore o ne a tlōtse molao oa tsela ka mokhoa o tebileng. Barab’abo rōna ba ile ba le hlalosetsa hore na Molimo o tšoara batho joang ba ba ba le bolella hore na morero oa hae ke ofe ka lefatše le ka moloko oa batho. Lepolesa leo le ile la kokobela ’me la qala ho bua ka tsela e mosa. Le ile la ba la qala ho botsa lipotso, kahoo barab’abo rōna ba ile ba ntša Libibele ’me ba qoqa hamonate le lona. Seo se ile sa ama lepolesa leo maikutlo haholo hoo le ileng la re, “Ke tla batla Lipaki e le hore re ntšetse moqoqo ona pele.”
Ho tloha ka 1995 ho fihlela ka 2001, lekala la Japane le ’nile la isa lingoliloeng liphuthehong tse Vladivostok, Bochabela bo Hōle. Ho tloha moo, barab’abo rōna ba ne ba li isa liphuthehong tse Kamchatka ka sekepe. Barab’abo rōna ba Vladivostok ba ile ba tloaelana le batsamaisi ba likepe tse ling tse eang Kamchatka. Motsamaisi e mong oa sekepe o ile a lumela ho re tsamaisetsa lingoliloeng le ho li beha ka phaposing ea hae a sa re lefise letho a ba a re thusa ho laela lingoliloeng sekepeng sa hae. O ile a re ho barab’abo rōna, “Le hoja ke se molumeli, ke batla ho etsa ntho e molemo. Lōna Lipaki kea le rata, ebile ke rata kamoo le hlophisehileng kateng. Ha ke fihla moo thepa e laolloang teng, ha ho hlokahale hore ke eme nako e telele hore lingoliloeng li laolloe. Batho ba lōna ba joaloka linonyana; ha ba kanyapa mabokose a lingoliloeng, ba qeta ka nako le motsotso.”
MOSEBETSI O ILE OA EKETSEHA KA LEBAKA LA KHŌLO
Ka lilemo-lemo, Molula-Qhooa oa Serussia o maqephe a 16 o neng o tsoa hanngoe ka khoeli, o ne o hatisoa ka pampiri e khōloanyane ho feta e sebelisoang kajeno. Lihlooho tsohle tse ithutoang li ne li fetoleloa ka Serussia ebe li fuoa barab’abo rōna ba Soviet Union, empa ba ne ba li fumana e se e le khale tsa Senyesemane li tsoile. Lihlooho tse ithutoang li ne li tsoa ka mor’a nako e ka etsang likhoeli tse tšeletseng ho ea ho lilemo tse peli, athe lihlooho tse ling li ne li hatisoa hamorao le ho feta. Ho tloha ka 1981, Molula-Qhooa oa Serussia o maqephe a 24 o ile oa qala ho hatisoa hanngoe ka khoeli ’me haesale ho tloha ka 1985, o tsoa habeli ka khoeli. Makasine ea pele e nang le maqephe a 32 e neng e e-na le mebala e mene, e ileng ea hatisoa ka nako e le ’ngoe le ea Senyesemane, e ne e le ea June 1, 1990.
Mofetoleli e mong ea bitsoang Tanja, o re: “Ha re sheba morao mehleng eo, rea tseba hore boholo ba lingoliloeng tseo re neng re li fetolela re bile re li hatisa li ne li sa ntše puo hamonate ebile ho ne ho le thata ho li utloisisa. Empa seo ke sohle seo re neng re ka khona ho se etsa maemong ao. E ne e le tsona lijo tseo batho ba lapileng moeeng ba neng ba li hloka.”
Ha ho tlosoa thibelo mosebetsing oa rōna linaheng tseo pele e neng e le lirephabliki tsa Soviet Union, lingoliloeng tsa rōna li ne li se li ka ajoa hohle. Bafetoleli ba Serussia ba neng ba sebetsa Jeremane ba ne ba labalabela ho thusoa. Ho na le lintho tse peli tse neng li qala ho etsahala tse ileng tsa ntlafatsa mosebetsi oa phetolelo hore e be oa boleng bo phahameng. Ea pele ke hore bara le barali babo rōna ba tsoang Russia le Ukraine ba ile ba khona ho ea lekaleng la Jeremane ho ea koetlisetsoa ho ba bafetoleli ’me seo se ile sa ba thabisa haholo. Ba bahlano ba bona ba ile ba fihla ka la 27 September, 1991, ’me ba bang ba ile ba tla hamorao ho tla sebetsa le bona. Kahoo sehlopha sa bafetoleli ba Serussia se ile sa qala ho hlophisoa bocha. Ho ne ho se bonolo. ‘Lehong la bona le lejoe’ la bona ha lia ka tsa fetoha “khauta” hang-hang empa li ile tsa feta methating eohle e boletsoeng ho Esaia 60:17.
Ea bobeli ke hore bafetoleli ba Serussia ba ile ba qala ho una molemo mosebetsing o neng o etsoa ke Lefapha la Litšebeletso Tsa Phetolelo le neng le sa tsoa thehoa. Ho ile ha tšoaroa seminari ea bafetoleli lekaleng la Jeremane ha bara le barali babo rōna ba pele ba tsoang Russia ba fihla Selters, Jeremane.
E le hore phetolelo e be e tsoang pele, e lokela ho etsoa moo puo e fetoleloang e buuoang teng. Kahoo e ile ea e-ba thabo e khōlō ha sehlopha sa bafetoleli ba Serussia se tloha Jeremane ka January 1994, se il’o lula Bethele e neng e ntse e hahuoa Solnechnoye.
Ke ’nete hore ho ne ho le thata hore ba arohane le bafetoleli ba qetileng lilemo tse mashome-shome ba ntse ba fetolela ka lenyele lingoliloeng tse eang ho barab’abo bona ba neng ba thibeletsoe ke Mokoallo oa Puso ea Lere la Tšepe. Empa maemo a bafetoleli bao a ne a sa ba lumelle hore ba tsamaee le ba bang ba neng ba khutlela Russia. Ka Sontaha sa la 23 January, 1994, ha moifo oa bara le barali babo rōna ba 17 le barab’abo rōna ba bang ba babeli bao e neng e il’o ba bo-pula-maliboho ba khethehileng o tloha Selters, e ne e le lillo feela ha ba ntse ba hakana le ba salang.
“KE ’NA MOLIMO OA MOKULI”
Ka lilemo-lemo, tsela eo lingaka le basebeletsi ba tsa bongaka Russia ba neng ba talima tumelo ea mokuli ka eona e ne e susumetsoa ke thuto ea bona ea hore Molimo ha a eo hammoho le tloaelo ea ho tšela bakuli mali Soviet Union. Kahoo neng kapa neng ha Lipaki tse neng li hloka thuso ea lingaka li kōpa hore li se ke tsa tšeloa mali, lingaka tsa tsona li ne li makala li bile li li halefela.
Hangata lingaka li ne li bile li re, “Bona mona, ke ’na Molimo oa mokuli!” Haeba mokuli a ne a sa lumellane le seo ngaka e se buang, o ne a ka lokolloa sepetlele hona hoo. Ho feta moo, ha bahanyetsi ba leka ho thibela mosebetsi oa rōna Russia, ba ne ba atisa ho sebelisa tumelo ea Lipaki e thehiloeng Bibeleng mabapi le ho tšela mali.
Ka 1995 ho ile ha thehoa Lefapha la Boitsebiso ba Lipetlele lekaleng la Russia, le ileng la qala ho fa litsebi tsa litaba tsa meriana boitsebiso bo nepahetseng mabapi le tsela eo ka eona Lipaki Tsa Jehova li talimang litaba tsa phekolo. Ho ile ha tšoaroa liseminari tse ngata tseo ho tsona baholo ba tsoang Likomiting tse 60 Tsa Bohokahanyi le Lipetlele ba ileng ba ithuta ho fa lingaka le litsebi tsa litaba tsa meriana boitsebiso bo hlokahalang hammoho le hore na ba ka fumana lingaka tse tla phekola bakuli ba Lipaki li sa ba tšele mali joang.
Ka 1998, lingaka tsa Russia le tse ling tse tsoang linaheng tse ling li ile tsa tšoara seboka, Moscow, seo e neng e le sa pele se nang le sehlooho se reng “Mekhoa e Meng ea ho Buoa e sa Hlokeng Tšelo ea Mali.” Sebokeng seo ho ne ho e-na le lingaka tse fetang 500 tse tsoang likarolong tse ngata tsa Russia. Ho tloha ka 1998 ho ea ho 2002, lingaka tsa Russia li ile tsa fumana phihlelo e lekaneng hoo li ileng tsa khona ho tšoara liboka tsa mofuta oo metseng e mengata e meholo ea Russia. Liboka tsena li ile tsa hlahisa liphello tse babatsehang.
Ha Dr. A. I. Vorobyov, eo e neng e le letona la tsa bophelo ebile e le ngaka ea mali e ka sehloohong ea Linaha Tse Kopaneng Tsa Russia, a ngolla baemeli ba molao ba buellang litokelo tsa bakuli ba Lipaki, o ile a re “palo ea bo-’mè ba shoang ha ba pepa ka har’a naha e theohile ka liphesente tse 34” ka lebaka la hore lingaka li fetotse tsela eo li talimang tšelo ea mali ka eona. Dr. Vorobyov o ile a phaella ka ho re: “Pele ho mona, palo ea bo-’mè ba shoang ha ba pepa eo lefapha la rōna la bongaka le neng le e tlaleha e ne e imenne ka makhetlo a robeli ha e bapisoa le ea bo-’mè ba shoang ha ba pepa Europe hobane basali ba pepisang ba ne ba tšela bo-’mè bana mali ho sa hlokahale.”
Ka 2001 lekala la bophelo la Linaha Tse Kopaneng Tsa Russia le ile la romella mekhatlo e sebetsanang le litaba tsa bongaka ka har’a naha litaelo tse itseng. Litaelo tseo li ne li bontša hore ngaka e lokela ho hlompha qeto ea mokuli ha a hana ho tšeloa mali ka mabaka a bolumeli. Ka 2002 lekala la bophelo la Russia le ile la lokolla tokomane e bitsoang Instructions on the Use of Blood Components. Litaelo tsena li bontša hore mokuli a ka tšeloa mali feela ka mor’a hore a fane ka tumello e ngotsoeng. Li boetse li bontša hore haeba bakuli ba hana ho tšeloa mali ka mabaka a bolumeli, ho lokela ho sebelisoe mekhoa e meng ea phekolo eo ho eona bakuli ba sa tšeloeng mali.
Lingaka tse ngata li ile tsa fetola tsela eo li talimang tšelo ea mali ka eona ka mor’a hore li sebelisane le baemeli ba Lefapha la Boitsebiso ba Lipetlele. Ngaka e ’ngoe e buoang e ile ea re ho bona: “Ke ile ka utloa ka bakuli [ba Lipaki] le ka lōna, hore ha le hane ho tšeloa mali hobane feela le nkehile maikutlo, empa le hana hobane eo e le taelo e tsoang ka Bibeleng. Ke ile ka etsa qeto ea ho netefatsa taba ena. Ke ile ka bala litemana tsohle tsa Bibele tse hlahang ka har’a lingoliloeng tseo le mphileng tsona. Ka mor’a ho nahanisisa ka taba ena, ke ile ka etsa qeto ea hore ruri tsela eo le talimang tšelo ea mali ka eona e thehiloe Bibeleng. Empa ke hobane’ng ha baruti ba rōna ba sa re letho ka taba ee? Joale, ha ho tšohloa taba ena, ke bolella lingaka tse ling hore ke Lipaki feela tse latelang Bibele.” Kajeno, ho na le lingaka tse fetang 2 000 Russia tse sa tšeleng bakuli ba Lipaki mali ha li ba phekola.
BA PHETHA KABELO EA BONA BA THABILE
Arno le Sonja Tüngler, ba tsoang Sekolong se Seng sa Gileade se neng se le Jeremane, ba ’nile ba sebeletsa metseng e fapa-fapaneng ea Russia ho tloha ka October 1993. Mosebetsi oa Jehova o ’nile oa tsoela pele joang libakeng tseo ba sebelelitseng ho tsona? Mamela ha ba pheta liphihlelo tsa bona.
Arno o re: “Libeke tse seng kae ka mor’a hore re fihle kabelong ea rōna Moscow, re ile ra fana ka lipuo tsa rōna tsa pele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Hoba re qete libeke tse tšeletseng re le Russia, ke ile ka fana ka puo ea ka ea pele kopanong. Re ile ra abeloa ho ea phuthehong e nang le bahoeletsi ba ka bang 140 ba kolobelitsoeng ’me tšimo ea phutheho eo e ne e lekana le potoloho e le ’ngoe ea Jeremane! Tšimo ea rōna ea pele e ne e le haufi le lehae la rōna la bo-pula-maliboho. E ne e le ho thabisang hakaakang hore ebe re bile Lipaki tsa pele tse ileng tsa bolela ka ntlo le ntlo moo!”
Sonja o re: “Le hoja re ne re hlile re sa tsebe Serussia, ka linako tse ling re ne re paka seterateng re le bang, re buisana le batho ebe re ba fa lipampitšana le lingoliloeng tse ling. Bara le barali babo rōna ba moo ba ne ba re tšehetsa haholo ’me ho ne ho le bonolo ho etsa litokisetso tsa ho tsamaea le bona ha re ea tšebeletsong ea tšimo. Ka sebele ba ne ba le mosa ba bile ba sa re felle pelo ha re ntse re peteketsa Serussia. Beng ba matlo le bona ba ne ba e-na le mamello e khōlō. ’Muso oa Soviet Union o ne o se o oele ’me batho ba ne ba thahasella bolumeli haholo.”
Arno o re: “Ntho e khōlō e ileng ea re thusa ho ithuta Serussia e ne e le ho ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo le ho khanna lithuto tsa Bibele. January 1994 e ne e le khoeli ea bone re le Russia ’me re ne re se re khanna lithuto tsa Bibele tse 22, e leng se neng se re fa menyetla e mengata ea ho utloa Serussia se tloaelehileng le ea ho se bua.
“Mehleng eo, likopanong tse khōlō le tse nyenyane ho ne ho kolobetsoa batho ba bangata haholo; e ne e ka ba karolo ea 10 lekholong ea bohle ba leng teng kopanong. Liphutheho tse ling li ne li se na barab’abo rōna ba lekaneng ba tšoanelehang hore e be baholo le bahlanka ba sebeletsang. Moholo e mong e ne e bile e le molebeli ea okamelang liphuthehong tse hlano! O ile a kōpa hore ke fane ka puo ea Sehopotso ho e ’ngoe ea liphutheho tsena. Ho ne ho e-na le batho 804 ’me ba ile ba tlameha ho tloha holong hang feela ha puo e fela hobane phutheho e ’ngoe e ne e tlil’o kopanela moo. Leha ho le joalo, sebui se neng se tlil’o fana ka puo eo se ile sa hlaheloa ke kotsi ea koloi ha se le tseleng, eaba se sitoa ho fihla ka nako, kahoo ke ile ka lokela ho fana ka puo eo hape. Lekhetlong leo ho ne ho e-na le batho ba 796! Kahoo, batho ba ileng ba e-ba teng sehopotsong liphuthehong tseo tse peli feela ba ne ba le 1 600, e leng se bontšang kamoo batho ba bangata ba neng ba thahasella ’nete kateng nakong eo.”
JEHOVA O ‘POTLAKISA’ KOTULO
Ka Lentsoeng la hae, Jehova o ile a tšepisa hore o tla ‘potlakisa’ mosebetsi oa ho bokella ‘lintho tsa hae tse lakatsehang.’ (Esa. 60:22; Hag. 2:7) Ka 1980 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 65, St. Petersburg, bao le hoja ma-KGB a ne a ba behile leihlo ka thata, ba neng ba leka ho buisana le baahi ba motse oo ka Bibele. Ka 1990, ho ne ho e-na le Lipaki tse fetang 170 tse neng li paka seterateng ka mokhoa o sa reroang libakeng tse sa tšoaneng motseng oo. Ka March 1991, mosebetsi oa Lipaki o ile oa ngolisoa ka molao Russia ’me ka mor’a nakoana ho ne ho se ho e-na le liphutheho tse hlano tse mafolofolo motseng oo. Ka lebaka la kopano ea machaba e ileng ea tšoareloa St. Petersburg ka 1992, le ka lebaka la liketsahalo tse ling tsa puso ea Molimo, mosebetsi o ile oa hōla ka potlako. Ka 2006, ho ne ho se ho e-na le liphutheho tse fetang 70 tse bolelang litaba tse molemo ka cheseho St. Petersburg.
Ka 1995 ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela motseng oa Astrakhan, o haufi le moeli oa Kazakhstan. Phutheho eo e ne e se na baholo kapa bahlanka ba sebeletsang. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba tšoara kopano ea potoloho le kopano e khethehileng ea letsatsi. Baholo ba tsoang rephabliking ea Kabardino-Balkaria, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 700, ke bona ba ileng ba fana ka lipuo lenaneong. Bara bana babo rōna ba ne ba sa tsebe hore na ho tla kolobetsoa batho ba bakae likopanong tseo. Roman Skiba o re: “’Na le moholo e mong re ile ra fihla libeke tse peli pele ho kopano e le hore re ka ea tšebeletsong ea tšimo le phutheho re be re hlahlobe ba batlang ho kolobetsoa. Leha ho le joalo, ho hang ha rea ka ra fumana monyetla oa ho ea tšimong. Re ile ra qeta nako eo kaofela re hlahloba batho ba 20 ba batlang ho kolobetsoa!”
Ka 1999, barab’abo rōna ba Yekaterinburg ba ile ba mema batho ba ’maloa ba rekisang ’marakeng hore ba tle Sehopotsong. Barekisi bao ba ile ba botsa hore na le bona ba ka mema metsoalle ea bona. Lipaki li ile tsa makala haholo ha li bona batho ba ka bang 100 ba fihla holong. Le hoja ho ne ho hiriloe holo e khōlō, ba bang ba ile ba lokela ho ema ka maoto.
LITHUTO TSEO HO TSONA HO NENG HO E-BA LE BATHO BA 50
Mosebetsi oa boboleli Lebatooeng la Ivanovo, le haufi le Moscow, o qalile ho elella qetellong ea selemo sa 1991 ha Pavel le Anastasia Dimov ba fallela moo. Ho ne ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o boima o larileng ka pele oa ho bolela litaba tse molemo tšimong e nang le batho ba fetang milione. Ba ne ba tla etsa joang? Ba ile ba rera ho sebelisa mokhoa o bonolo empa o atlehang: oa ho etsa lephephe la lingoliloeng. Ba ile ba hloma lephephe lepatlelong le leholo la motse eaba ba beha libukana, limakasine le libuka moo. Batho ba ne ba ema ha ba feta ka tsela ’me ba bangata ba bona ba ne ba bontša thahasello ea sebele. Bohle ba thahasellang ’nete ba ne ba memeloa sebokeng sa thuto ea Bibele. Liboka tsena li ne li ke ke tsa bitsoa lithuto tsa mahae tsa Bibele, kaha li ne li tšoareloa liholong tse hiriloeng ’me batho ba ka bang 50 ba ne ba e-ba teng ho tsona. Lithuto tseo li ne li tšoana le liboka li bile li e-na le likarolo tse peli. Ho ne ho qaloa ka buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ho ntoo ithutoa sehlooho se seng sa Molula-Qhooa. Lithuto tseo li ne li tšoaroa hararo ka beke ’me li ne li nka lihora tse tharo. Ho ne ho tšoaroa liboka tse tharo tsa mofuta oo libakeng tse sa tšoaneng motseng oo. Kamehla ha Pavel a tlatsa tlaleho o ne a ngola hore o khanna lithuto tse tharo tsa Bibele. Ha barab’abo rōna ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a khanna lithuto tse fokolang hakaalo ha bahoeletsi ba bangata ba ne ba khanna tse 10 ho isa ho tse 20, ba ile ba fumana hore thutong ka ’ngoe ho ne ho e-ba le batho ba ka bang 50 ba thahasellang. Ho hlakile hore Jehova o ile a hlohonolofatsa tokisetso eo hobane kapele-pele ba bangata ba neng ba e-ba teng lithutong tseo ba ile ba re ba lakatsa ho bolella ba bang litaba tse molemo. Ka mor’a thuto e ’ngoe, Pavel o ile a etsa tsebiso ea hore ba batlang ho ba bahoeletsi ba sale. Ha ho le ea mong ea ileng a tsamaea ’me kaofela e ile ea e-ba bahoeletsi. Lenane la maphephe a lingoliloeng le ile la eketseha motseng oo ’me ka mor’a nakoana maphephe a mangata a mapatlelong a motse le lirapeng tsa boikhathollo a ile a tlala lingoliloeng.
Joale e ne e se e le nako ea ho sebetsa tšimo ka tsela e ’ngoe, ka ho bolela ka ntlo le ntlo. Empa kaha ho ne ho se le ea mong oa bahoeletsi bao ea neng a kile a sebetsa tšimo ka tsela eo, ba ile ba khona ho qalisa joang? Ba neng ba lakatsa ho ithuta ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo ba ne ba tsamaea le ba ha Dimov tšimong. Hangata bahoeletsi ba neng ba batla ho ithuta ba ne ba e-ba bangata. Ka linako tse ling ha Pavel a ea ka ntlo le ntlo o ne a tsamaea le bahoeletsi ba leshome ka nako e le ’ngoe! Se makatsang ke hore seo se ne se sa tšose beng ba matlo, empa ba ne ba thabela ho bua le sehlopha seo. Ba bang ba ne ba bile ba memela sehlopha seo kaofela ka matlong a bona.
Ka mor’a nakoana, bahoeletsi bana ba bacha ba ne ba se ba ikemiselitse ho bolela litaba tse molemo metseng e meng kantle ho motse oa Ivanovo, kahoo ho ile ha hlophisoa maeto a eang metseng eo e oelang Lebatooeng la Ivanovo. Bahoeletsi ba 50 ba ne ba palama terene, ebe ba qala ho bolela ha ba ntse ba le tseleng, ba ntoo ikarola ka bobeli ka bobeli ha ba fihla motseng. Ha ba ntse ba paka lifoleteng, ba ne ba memela batho sebokeng se neng se tla tšoaroa mantsiboeeng ao. Ha barab’abo rōna ba le sebokeng, ba ne ba ba bontša video e ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova. Ba ne ba boetse ba fana ka puo. Ka mor’a seboka, batho bohle ba ne ba botsoa hore na ba ka thabela ho khanneloa thuto ea lehae ea Bibele ebe ba lakatsang ho khanneloa thuto ba fa barab’abo rōna liaterese tsa bona. Ka lebaka la matsapa ao, ho ile ha thehoa liphutheho tse hlano motseng ka mong metseng e ’maloa e Lebatooeng la Ivanovo.
Ka 1994, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 125 Ivanovo feela, empa batho ba 1 008 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong. Selemong sona seo, batho ba 62 ba tsoang Ivanovo ba ile ba kolobetsoa kopanong ea setereke. Ho ne ho tšoana leha eka ho thehiloe phutheho e ncha ka letsatsi le le leng! Hona joale, ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 1 800 ba maphathaphathe mosebetsing oa Morena Lebatooeng la Ivanovo.
HO KOPANA HO SA TSOTELLEHE KHANYETSO
Metseng e ’maloa, ho ne ho se bonolo ho fumana tumello ea ho sebelisa mabala a lipapali ho tšoara likopano tse khōlō. Ka mohlala, bahanyetsi ba bang ba Novosibirsk ba neng ba tšehelitsoe ke baruti, ba ile ba hlophisa mokoloko oa boipelaetso hona ka pel’a heke ea lebala la lipapali moo kopano e neng e tšoaretsoe teng. Letšoao le leng la bahanyetsi bao le ne le re: “Hlokomelang Lipaki Tsa Jehova.” Empa baipelaetsi bao ba ne ba sa hlokomela hore litlhaku tse peli tse qetellang tsa lentsoe la pele li ne li hlakohile, kahoo letšoao leo le ne le hlile le re: “Tšoarang Lipaki Tsa Jehova Hantle.”
Ka 1998, barab’abo rōna ba ile ba thulana le mathata ha ba lokisetsa kopano ea potoloho motseng oa Omsk. Ka lebaka la ho susumetsoa ke bahanyetsi, ba boholong motseng oo ba ile ba qobella motsamaisi oa holo ka motsotso oa ho qetela hore a hlakole tumellano ea ho hirisetsa Lipaki holo eo. Batho ba makholo a ’maloa ba tlang kopanong ba ile ba khobokana ka ntle ho holo eo. Kaha motsamaisi eo o ne a tšohile hore ba ka ’na ba mo hlasela kapa ba senya holo eo, o ile a kōpa barab’abo rōna hore ba ba kōpe hore ba se ke ba e-ba mabifi. Barab’abo rōna ba ile ba re a khobe matšoafo, ba ba ba re ha ho le ea mong ea tla mo isa letsoho. Batho ba tlileng kopanong ha baa ka ba etsa moferefere, ba ile ba nka litšoantšo feela ho ikhopotsa letsatsi leo eaba baa itsamaela. Motsamaisi eo o ile a kholiseha hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba khotso. Kopano eo ile ea tšoareloa holong e ’ngoe ka mor’a libeke tse peli. Bahanyetsi ba ile ba utloa ka kopano eo e se e le morao ’me ba fihla ha lenaneo le se le il’o fela.
KOPANO E ILENG EA TŠOAROA KA “KHANYA EA LINALELI”
Ho tloha ka la 22 ho ea ho la 24 August, 2003, e ’ngoe ea likopano tsa setereke tse ’maloa tsa puo ea matsoho e ne e lokela ho tšoareloa motseng oa Stavropol’, Lithabeng Tsa Caucasia. Baeti ba tlileng kopanong ba ne ba tsoa metseng e 70 ea Russia. Leha ho le joalo, ho ne ho ka ’na ha etsahala hore kopano eo e se ke ea tšoaroa ka lebaka la khanyetso e matla ea batsamaisi ba motse. Ha ho setse letsatsi pele ho kopano, motsamaisi oa holo o ile a koenehela tumellano ea ho hirisa holo. Empa ka Labohlano la la 22 August, barab’abo rōna ba ile ba bua le batsamaisi ba lebala le leng la liserekisi ba etsa tumellano ea hore ba tšoarele kopano holong ea bona.
Lenaneo le ile la thakhoha ka 3:00 thapama, empa nakoana ka mor’a khefu, ka tšohanyetso motlakase o ile oa tima mohahong oo. Batho ba tlileng kopanong ha baa ka ba fela pelo, empa ba ile ba lula litulong ho fihlela lenaneo le tsoela pele ha motlakase o khutla ka mor’a hora; lenaneo leo le ile la fela ka 9:30 bosiu.
Eitse ha li tloha feela letsatsing la bobeli la kopano, eaba motlakase oa tima ka 9:30 hoseng. Eaba metsi le ’ona aa koaloa. Barab’abo rōna ba ne ba ka tsoela pele ho tšoara kopano joang ho se na metsi ’me mabone a tinngoe? Ka 10:50 hoseng, Komiti ea Kopano e ile ea etsa qeto ea ho bula mamati ’ohle a holo eo, kaha ka ntle letsatsi le ne le chabile hamonate. Ka masene, barab’abo rōna ba ile ba nka liipone tse khōlō ba li beha seterateng ba li shebisitse ka holong e le hore khanya ea letsatsi e ka fihla ho sebui. Le hoja joale bamameli ba ne ba khona ho bona sebui, ho ile ha hlaka hore khanya eo e fahla sebui hoo se sa khoneng ho bona moo se ngotseng lintlha teng! Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba shebisa liipone tse ling selikalikoeng se seholo se entsoeng ka liipone tse fanyehiloeng marulelong a holo e le hore khanya e ’ngoe e lebe moo. Ho ne ho tletse khanya e ngata e phatsimang ka holong eo ea liserekisi ’me joale sebui le batho bohle ba neng ba le teng ba ne ba ka tsepamisa maikutlo lenaneong. E ile ea e-ba kopano e sa tloaelehang eo batho ba tlileng ho eona ba neng ba re ekare ke kopano e tšoeroeng ka “khanya ea linaleli,” ka lebaka la khanya e neng e ntse a phatsima liiponeng tse ngata tse ka holong eo ea liserekisi e lefifi.
Ka mor’a nakoana ramotse le batho ba bang ba boholong ba ile ba tla holong eo. Ba ile ba hlolloa ha ba bona hore Lipaki li ntse li tšoere kopano ea tsona. Ntho e ileng ea ba khahla ka ho fetisisa ke boitšoaro ba batho ba neng ba tlile kopanong. Ha ho le ea mong oa bamameli ea ileng a ipelaetsa kapa a korotla, empa kaofela ba ne ba shebile sebui ka hloko. Mookameli oa sepolesa, eo pele a neng a ile a tšoara Lipaki ka mabifi, o ile a hlolloa haholo ha a bona seo a ba a re, “Ke le rata ka pelo eohle le ka moea oa ka kaofela, empa re phela lefatšeng le sa le rateng.”
Ha ba boholong ba qeta ho tloha holong eo, motlakase o ile oa khutla. Le hoja matsatsing ao a mabeli a pele a kopano lenaneo le ile la fela ka mor’a nako, batho ba neng ba tlile kopanong ba ile ba lula ho fihlela ho etsoa thapelo e koalang. Ho sa tsotellehe khanyetso, palo ea ba tlileng kopanong e ile ea ’na ea eketseha letsatsi le letsatsi, ho tloha ho ba 494 ka Labohlano, ho ea ho ba 535 ka Moqebelo, le ba 611 ka Sontaha! Ha mor’abo rōna a etsa thapelo e qetellang, o ile a leboha Jehova ha a ba lumeletse ho tšoara kopano ena e ikhethang. Ba tlileng kopanong ba ile ba tsamaea ba thabile, ba ikemiselitse le ho feta ho sebeletsa Ntate oa bona oa leholimo le ho tlotlisa lebitso la hae.
BA SA UTLOENG LITSEBENG BA RORISA JEHOVA
Har’a ba likete ba tsoang Soviet Union ba neng ba tlile kopanong e khethehileng Poland ka 1990, ho ne ho e-na le ba ’maloa ba sa utloeng litsebeng. Ha batho bana ba ileng ba “jala peō” qalong ba se ba khothalitsoe moeeng kopanong ena, ba ile ba ikitlaetsa haholo ho bolella ba bang litaba tse molemo. Khale koana lilemong tsa bo-1992, ho ne ho se ho hlakile hore karolo ena ea tšimo le eona e ne e loketse ho kotuloa le hore ‘kotulo e ne e tla ba khōlō.’ (Mat. 9:37) Ka 1997 ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea puo ea matsoho ha ba ha thehoa lihlopha tse ngata tsa puo ea matsoho naheng ka bophara. Ka 2002 ho ile ha thehoa potoloho ea puo ea matsoho—e neng e akaretsa sebaka se seholo ka ho fetisisa lefatšeng. Ka 2006, ho batho ba sa utloeng litsebeng naheng ka bophara, ho ne ho e-na le mohoeletsi a le mong har’a batho ba 300 ’me ho batho ba utloang ho e-na le mohoeletsi a le mong har’a batho ba 1 000.
Ho ne ho hlokahala hore phetolelo ea lingoliloeng tsa rōna tsa puo ea matsoho e be ea boemo bo holimo. Ka 1997 lekala la Russia le ile la qala ho fetolela lingoliloeng ka puo ea matsoho. Morali’abo rōna ea sa utloeng litsebeng, eo e leng e mong oa bafetoleli ba puo ea matsoho, ea bitsoang Yevdokia, o re: “Ke tlotla e khōlō ho ’na hore ke sebeletse Bethele ke be ke fetolele lingoliloeng tsa rōna ka puo ea matsoho. Lefatšeng batho ba sa utloeng litsebeng ha ba tšeptjoe ebile ba khelloa tlaase. Empa ha ho joalo ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Taba ea pele ke hore le hoja re sa utloe litsebeng, Jehova oa re tšepa hore re ka fetisetsa ’nete ho batho ka puo ea rōna. Taba ea bobeli ke hore re ikutloa re le sebete ha re le har’a batho ba Jehova ebile re thaba haholo ha e le mona re le karolo ea lelapa lena le leholo.”
HO BOLELA LITABA TSE MOLEMO KA LELEME LE LENG LE LE LENG
Le hoja Serussia e ne e le eona puo e sebelisoang haholo litabeng tsa khoebo le tsa thuto Soviet Union, ho na le lipuo tse ling tse ka bang 150 tse buuoang mona. Ka 1991, ha Soviet Union e qeta ho arohana hore e be linaha tse 15, batho ba bangata ba buang lipuo tseo ba ile ba qala ho thahasella ’nete, haholo-holo linaheng tseo tse neng li sa tsoa fumana tokoloho. Tumellanong le Tšenolo 14:6, ho ile ha etsoa boiteko bo boholo ba ho finyella batho ba “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang” tšimong ena e sabaletseng. Ka lebaka la sena, Molula-Qhooa o ile oa lokela ho hatisoa ka lipuo tse ling hape tse 14 tse buuoang tšimong e tlas’a lekala la Russia e le hore barutuoa ba mashome a likete ba fumane lijo tsa moea. E le ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho hasa litaba tse molemo, ofisi ea lekala ea Russia e tsamaisa mosebetsi oa ho fetolela lingoliloeng ka lipuo tse fetang 40, e leng se thusang hore ’nete ea Bibele e ame batho lipelo ka potlako e be e tebe le ho feta.
Boholo ba lipuo tsena li buuoa Linaheng Tse Kopaneng Tsa Russia. Ka mohlala, u ka utloa batho ba bua Seossetia literateng tsa Beslan le Vladikavkaz; ua utloa ba bua Seburyat, se amanang le Semongolia, libakeng tse mathōkong a Letša la Baikal; ua utloa Seyakut, se amanang le Seturkic sa Maaltai, se buuoang ke barui ba likhama le baahi ba bang ba Bochabela bo Hōle; esita le lipuo tse ling tse ka bang 30 tse buuoang Lithabeng Tsa Caucasia. Puo e hlahlamang Serussia e buuoang Russia, ke Setatar se buuoang ke batho ba fetang limilione tse hlano, haholo-holo sebakeng se bitsoang Tatarstan.
Hangata batho ba buang Setatar ba rata ho bala lingoliloeng ka puo ea habo bona, le hoja ba ’maloa ba amohela lingoliloeng tsa Serussia. Nakong ea letšolo la ho tsamaisa Kingdom News No. 35, mosali e mong ea lulang motseng oa mahaeng o ile a fumana pampitšana ea Kingdom News eaba o ngola lengolo o kōpa bukana ea Seo Molimo a se Hlokang ka Setatar. Morali e mong oabo rōna o ile a mo romella bukana eo le lengolo, eaba mosali eo o mo araba ka lengolo le maqephe a robeli le bontšang hore o thabetse bukana eo haholo. Kapele-pele o ile a qala ho ithuta Bibele ka lingoliloeng tsa Setatar. Monna e mong ea ileng a fumana bukana ea Na Molimo oa re Tsotella ka Setatar o ile a re e mo thusitse hore a talime boemo ba lefatše ka tsela e ’ngoe. Tsena tsohle li ne li ke ke tsa khoneha ha e ne e se ka lingoliloeng tsa Setatar.
Mosali e mong ea buang puo ea Semari o ile a fumana Kingdom News No. 35 ka puo ea habo. Ha a qeta ho e bala, o ne a batla ho tseba ho eketsehileng, empa ho ne ho se na Lipaki motsaneng oa mahaeng moo a neng a lula teng. O ile a buisana le Paki e ’ngoe ea Jehova ha a etetse toropong eaba o fumana buka ea Tsebo le lingoliloeng tse ling tsa Serussia. Ka mor’a hore a ithute tsona a le mong, o ile a qala ho bolella batho ba bang ba sebakeng sa habo litaba tse molemo ’me ka mor’a nakoana o ne a se a ithuta le sehlopha sa batho ba thahasellang. Eaba o utloela ka kopano e khethehileng ea letsatsi e neng e tla tšoareloa motseng oa Izhevsk ’me a ea moo a e-na le tšepo ea ho kolobetsoa. Leha ho le joalo, ha a fihla kopanong eo o ile a fumana hore batho ba batlang ho kolobetsoa ba lokela ho ithuta Bibele ka botlalo, eaba barab’abo rōna ba etsa litokisetso tsa hore a thusoe moeeng. Tsena tsohle li etsahetse ka lebaka la hore o ile a bala Kingdom News ka puo ea habo.
Vladikavkaz, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe e buang Seossetia ’me likopanong tsa potoloho le tsa setereke, ho ne ho se puo le e ’ngoe e neng e fetoleloa ka Seossetia. Leha ho le joalo, ka 2002, lipuo li ile tsa qala ho fetoleloa. Barab’abo rōna ba buang Seossetia ba ne ba nyakaletse haholo! Esita le ba tsebang Serussia hantle ba ile ba re ho utloa molaetsa oa Bibele ka puo ea habo bona ho ile ha ba ama lipelo. Sena se ile sa etsa hore phutheho e hōle moeeng sa ba sa etsa hore Maossetia a mangata a khahloe ke ’nete. Ka 2006 ho ile ha thehoa potoloho ea Seossetia ha ba ha tšoaroa kopano ea pele ea potoloho ka puo eo.
Ha balebeli ba tsamaeang ba ne ba etetse sehlopha se seng motsaneng o ka thōko oa Aktash, o rephabliking ea Altai, batho ba ka bang 30 ba ile ba bokana foleteng e ’ngoe, le hoja bahoeletsi ba ne ba le ’maloa haholo sehlopheng seo. Kaofela ha bona ba ile ba mamela puo ea phatlalatsa, empa ha molebeli oa setereke a fana ka puo ea tšebeletso, hoo e ka bang halofo ea ba neng ba le teng ba ile ba tsamaea. Ka mor’a seboka seo, molebeli oa setereke o ile a botsa barab’abo rōna ba moo hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaalo ba ile ba tsamaea. Leqhekoana le leng la Moaltai le ile la peteketsa Serussia la mo araba ka ho re, “U etsa mosebetsi oa bohlokoa, empa ha kea utloa letho!” Ketelong e latelang ea molebeli oa potoloho, lipuo li ile tsa fetoleloa ’me bohle ba ile ba lula ba mamela lenaneo kaofela.
Ho na le liithuti tse ngata tse tsoang linaheng tse ling tse lulang motseng oa Voronezh. Ka 2000, mohlanka e mong ea sebeletsang ea buang Sechaena, o ile a iqalla thupelo ea puo ea Sechaena. Lipaki tse ngata li ile tsa nka bohato ba ho ithuta Sechaena eaba li qala ho bolella liithuti tsa Machaena litaba tse molemo. Sechaena se thata haholo, empa barab’abo rōna ha baa ka ba tela. Ka February 2004, ho ile ha thehoa thuto ea buka ea pele ea Sechaena motseng oo. Ka April selemong seo ho ile ha kolobetsoa seithuti sa Bibele sa pele sa Lechaena, eaba ka mor’a likhoeli tse peli ho kolobetsoa se seng. Hona joale lihlopha tsa batho ba thahasellang li ba teng thutong eo ea buka ’me ho khannoa lithuto tsa Bibele tse ka bang 15 ka Sechaena. Ha litaba tse molemo li ntse li fihla likarolong tsohle tsa tšimo ena e sabaletseng, lekala la Russia le tsoela pele ho thusa batho ba eketsehileng ba kōpang lingoliloeng ka lipuo tsa habo bona.
BO-PULA-MALIBOHO BAA KOETLISOA
Ho se ho fetile lilemo tse ’maloa ho ntse ho tšoaroa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho Russia. Sehlopha ka seng se na le batho ba 20 ho ea ho ba 30 bao boholo ba bona e leng bo-pula-maliboho ba moo sekolo se tšoareloang teng, kahoo ha ho hlokahale hore ba tsamaee maeto a malelele ha ba ea sekolong. Empa ho ne ho se joalo ha sekolo sena se ne se qala ho tšoaroa Russia. Roman Skiba o re: “Nke ke ka lebala Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se neng se tšoaretsoe Yekaterinburg ka 1996. Bara le barali babo rōna ba fetang 40 ba ne ba le teng ho sona. Ba bangata ba ile ba tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse makholo-kholo ’me ba bang ba tsamaea lik’hilomithara tse ka holimo ho 1 000, hore ba e’o fihla sekolong seo.”
Svetlana o qalile ho ba pula-maliboho oa kamehla tšimong ea puo ea matsoho ka 1997. Ka January 2000, o ile a ea sekolong sa bopula-maliboho sa puo ea matsoho. Ka mor’a sekolo, Svetlana o ile a bolela kamoo sekolo seo se mo thusitseng kateng ho ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea hae le ho utloisisa hore na ho ba Mokreste ho ama boitšoaro ba motho joang ka lapeng le ka phuthehong. O re: “Ke ile ka qala ho rata batho ba bang haholo. Ke ile ka ba ka bona hore ke habohlokoa hore ke sebelisane le bara le barali babo rōna ’me hona joale ke amohela keletso habonolo. Tsela eo ke khannang lithuto tsa Bibele ka eona e ntlafetse haholo hobane ke se ke sebelisa lipapiso ha ke ruta.”
Alyona ke pula-maliboho motseng oa Khabarovsk, Bochabela bo Hōle, ’me o thusa batho ba sa utloeng litsebeng hore ba ithute ’nete. E le hore a tle a atlehe ho etsa seo, Alyona o ne a batla ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho sa puo ea matsoho. O ile a tlameha ho hlōla mathata a mofuta ofe? Alyona o re: “Sekolo se haufi sa bopula-maliboho sa puo ea matsoho se ne se le motseng oa Moscow, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 9 000 ha u tloha Khabarovsk. E le hore ke e’o fihla sekolong seo, ke ile ka tlameha ho tsamaea ka terene matsatsi a robeli ho ea feela le a mang a robeli ha ke khutlela hae.” Empa ho hang ha aa ka a ikoahlaea!
Kantle ho likolo tse thusang ba leng tšimong ea puo ea matsoho, ho ile ha tšoaroa Likolo Tsa Tšebeletso Tsa Bopula-maliboho tse makholo-kholo ho tloha ka 1996 ho fihlela ka 2006. Ho koetlisa bo-pula-maliboho ho khathile tema e khōlō keketsehong e bileng teng mosebetsing oa boboleli esita le liphuthehong. Marcin, eo hona joale e leng molebeli oa potoloho, o re: “Ka 1995, ke ile ka khetheloa ho ba pula-maliboho ea khethehileng Phuthehong ea Kuntsëvo, Moscow. Ha ke ile sebokeng sa puo ea phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa, e ne eka ke kopanong! Ho ne ho e-na le batho ba ka bang 400 ka holong eo. Ka nako eo phutheho e ne e e-na le bahoeletsi ba 300. Le pele ho feta lilemo tse leshome, phutheho eo ea pele e ne e se e tsoetse liphutheho tse ncha tse leshome!
“Ha ke ntse ke le molebeli oa potoloho moo, ke ile ka bona ha potoloho eo e hōla ka tsela e hlollang ka 1996 le 1997. Ke ile ka etela phutheho ea Volzhskiy, Lebatooeng la Volgograd, ’me ka khutlela ho eona ka mor’a likhoeli tse tšeletseng. Ha ke fihla, ke ile fumana ho se ho e-na le bahoeletsi ba bacha ba 75 phuthehong eo. E ne eka ke phutheho e ncha ka ho feletseng! Ho thata ho hlalosa tsela eo bahoeletsi bana ba bacha ba neng ba cheseha ka eona. Batho ba ka bang 80 ba ne ba e-ba teng kamehla libokeng tsa tšebeletso ea tšimo tse neng li tšoareloa foleteng e ’ngoe. Ba bangata ba ne ba lula litepising ho ea fihla moo li fellang teng hobane ho se ho tletse ka foleteng.”
BACHA BA TLOTLISA JEHOVA
Bacha ba bangata ba bontša hore ba thahasella molaetsa oa ’Muso le hoja batsoali ba bona ba ba hanyetsa. Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 20 o re: “Lipaki Tsa Jehova li ile tsa bolella batsoali ba ka litaba tse molemo ka 1995 ha ke le lilemo li robong, empa ha baa ka ba amohela ’nete. Ke ne ke batla ho tseba ho eketsehileng ka Molimo. Ka lehlohonolo, motsoalle e mong oa ka eo ke neng ke bile ke le sehlopheng se le seng le eena sekolong, o ile a qala ho ithuta Bibele eaba le ’na ke kenella thutong eo. Ha batsoali ba ka ba lemoha sena, ba ile ba nkhanela ho kopana le Lipaki. Ka linako tse ling ba ne ba ’notlella ke le mong ka foleteng e le hore ba nthibele ho ea ithuta. Ba ile ba ’na ba etsa joalo ho fihlela ha ke se ke le lilemong tsa boikarabelo ’me ke tloha lapeng ke il’o kena sekolo motseng o mong moo ke ileng ka kopana le Lipaki teng. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke boetse ke qala ho ithuta Bibele! Ke ile ka qala ho rata Jehova ka pelo ea ka eohle ka ba ka kolobetsoa kopanong ea setereke ka 2005. Hang ha ke qeta ho kolobetsoa, ke ile ka ba pula-maliboho ea thusang. Joale batsoali ba ka ba se ba rata sena seo esale ke se nka e le sa bohlokoahali ho tloha bongoaneng.”
Morali e mong oabo rōna o re: “Ka 1997 ha ke le lilemo li 15, Lipaki li ile tsa mpha makasine ea Tsoha! Ke ile ka khahloa ke lebitso la makasine eo haholo hammoho le lintlha tsa eona hoo ke neng ke batla hore ke ’ne ke e fumane kamehla. Ha Ntate a tseba hore ke bala makasine eo, o ile a re Lipaki li se ke tsa hlola li tla lapeng. Hamoraonyana, mong ka ’na e mong o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, eaba ke qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso le eena mathoasong a selemo sa 2002. Ha ke le moo ke ile ka utloa hore ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ke baromuoa, kahoo ke ile ka ba le takatso e tebileng ea ho thusa ba bang hore le bona ba ithute ka Molimo. Empa motho eane eo ke amanang le eena o ile a mpolella hore ntho ea pele eo ke lokelang ho e etsa ke hore ke tlohele ho tsuba, ke fetole bophelo ba ka hore bo lumellane le thato ea Molimo ke ntoo ba e mong oa bahlanka ba Molimo. Ke ile ka amohela keletso eo ’me ka kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse tšeletseng eaba hang-hang ke qala ho ba pula-maliboho ea thusang. Ke thabela hore ebe ke fumane morero oa sebele bophelong.”
Ka 1997 lekala la Russia le ile la fumana lengolo la motho ea thahasellang ea kōpang ho eteloa motseng o mong o Lebatooeng la Murmansk, Russia leboea. Leha ho le joalo, mong’a lengolo lena o ne a sa ngola lebitso la hae kapa lilemo tsa hae. Ho ile ha fumaneha hore aterese e lengolong leo ke ea mosali e mong eo Lipaki tsa moo li neng li mo khannela thuto, empa o ile a re eena ha a e-s’o ngolle lekaleng. Ha thuto e ntse e tsoela pele, baralib’abo rōna ba ile ba lemoha hore mora ea lilemo li 14 oa mosali eo o ne a ntse a nyarela monyakong o bulehileng hanyenyane a mametse ha ba ntse ba ithuta. Baralib’abo rōna ba ile ba mo botsa hore na a ka rata ho tla ithuta le bona ’me o ile a lumela ka thabo. O ile a re ke eena ea ngotseng lengolo leo le eang lekaleng, leo ho lona a neng a kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele, a ba a bolela hore o lakatsa ho bala lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ka potlako moshanyana eo o ile a hatela pele moeeng ’me a kolobetsoa ka mor’a lilemo tse peli. Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang.
HO BATLA “LINTHO TSE LAKATSEHANG” REPHABLIKING EA SAKHA
Potoloho e ’ngoe e akarelletsa Lebatooa la Amur le sebaka sohle sa Sakha. Selemong sa tšebeletso sa 2005, ho ile ha tšoaroa kopano ea potoloho le kopano e khethehileng ea letsatsi ka lekhetlo la pele motse-moholo oa Sakha, Yakutsk. E ile ea e-ba ho thabisang haholo ho bona matsoalloa a moo likopanong tsena.
Ho bebofalletsa barab’abo rōna, potoloho eo e ile ea aroloa likarolo tse hlano ’me karolo ka ’ngoe e ile ea itšoarela kopano ea eona. Ha molebeli oa potoloho a tloha kopanong e ’ngoe a ea ho e ’ngoe, o ne a lokela ho tsamaea lihora tse 24 ka terene, ebe o tsamaea lihora tse 15 ka koloi, qetellong a tsamaee lihora tse tharo ka sefofane.
Mariha a mona a bata haholo, mohatsela o fihla likhatong tse 50 tlas’a ntlha ea khoamo ’me ka linako tse ling ho bata ho feta moo. Ho sa tsotellehe sena, bahoeletsi ba mona ba bolela litaba tse molemo lifoleteng esita le ka ntlo le ntlo.
Mathoasong a selemo sa 2005 ho ile ha thehoa lihlopha tse peli tsa bahoeletsi. Sehlopha se seng se motseng oa Khayyr, o bohōle ba lik’hilomithara tse 80 ho tloha Leoatleng la Laptev, ka holim’a Arctic Circle. Motse oo o na le baahi ba 500 ’me har’a bona ho na le Lipaki tse ’nè. Batho ba 76 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong se neng se tšoaretsoe motseng ona ka 2004. Ha molebeli oa potoloho a etela sehlopha se motseng ona, o tlameha ho nka leeto la lik’hilomithara tse 900 ka sefofane pele, a ntoo tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 450 ka koloi litseleng tse koahetsoeng ke lehloa.
Ho ile ha thehoa sehlopha se seng motseng oa Ust’-Nera, o bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ho tloha motseng oa Oymyakon. Ka linako tse ling mariha a mona a bata hoo mohatsela oa teng o fihlang likhatong tse 60 tlas’a ntlha ea khoamo. Selemong se fetileng, bahoeletsi ba sehlopha sena ba ile ba ea kopanong ea potoloho ka likoloi tse peli. Ba ile ba lokela ho nka leeto la lik’hilomithara tse 2 000 ho ea feela, ba tsamaea haholo-holo libakeng tse ka thōko tse se nang baahi, moo mohatsela oa teng o neng o fihla likhatong tse 50 tlas’a ntlha ea khoamo.
Molebeli e mong oa potoloho o ile a tlaleha ntho e ’ngoe e thahasellisang e ileng ea etsahala ha a le ka sefofaneng se neng se le bophahamong ba limithara tse 4 000. “Nakong ea phutuho ea ho tsamaisa bukana ea Le Lule le Lebetse!, ho ile ha tšoaroa likopano tse latellanang potolohong ea rōna. ’Na le molebeli oa setereke re ne re le ka sefofaneng re ea kopanong e latelang. Ka masoabi, re ne re se re feletsoe ke bukana eo e tsamaisoang, kahoo re ile ra bontša mosali ea sebetsang sefofaneng bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? O ile a re o se a ntse a e-na le lingoliloeng tse ling tsa Bibele ’me re ile ra makala ha a re bontša bukana ea Le Lule le Lebetse! Re ile ra thaba haholo ha re bona hore barab’abo rōna ba ne ba ntse ba tšoarehile ka mosebetsi oa boboleli. Ha re ntse re bua le eena, mothusi oa mokhanni oa sefofane o ile a feta. O ile a thahasella taba eo re buang ka eona eaba o kenella puisanong ea rōna ’me ra tsoela pele ho qoqa ho fihlela re se re le haufi le moo re eang teng. Kaha mothusi oa mokhanni o ne a thabetse moqoqo oo haholo, o ile a nka limakasine tse ’maloa tseo a il’o li fa batho ba bang bao a sebetsang le bona sefofaneng.”
LITABA TSE MOLEMO SAKHALIN
Ho elella qetellong ea lilemo tsa bo-1970, Lipaki li ile tsa qala ho fihla sehlekehlekeng sa Sakhalin se ka holim’a Hokkaido, e leng sehlekehleke sa Japane se hōle ka ho fetisisa ka leboea. Barab’abo rōna ba tsoang Vladivostok ba neng ba tsamaisa mosebetsi oa boboleli tikolohong eo ba ile ba khothalletsa Sergey Sagin hore a atolose tšebeletso ea hae le hore a fallele sehlekehlekeng seo ho ea pakela baahi ba moo. Ha Sergey a ntse a sebetsa koung ea likepe, o ile a leka ho qoqa le basebetsi ba bang ka Bibele. Ka mor’a nako e khutšoanyane o ne a se a khanna lithuto tsa Bibele tse ’maloa. Le hoja Sergey a ile a tlameha ho tloha sehlekehlekeng seo hamorao, qetellong peō ea ’nete e ile ea beha litholoana.
Likopano tse ileng tsa tšoareloa Poland ka 1989 le ka 1990 li ile tsa susumelletsa Lipaki tse ngata tsa Russia hore li atolose tšebeletso ea tsona le hore li fallele moo ho hlokahalang basebetsi ba eketsehileng. Ka 1990, Sergey le Galina Averin ba ile ba tloha Khabarovsk, Bochabela bo Hōle, ba fallela Korsakov, sehlekehlekeng sa Sakhalin. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, bo-pula-maliboho ba babeli le bahoeletsi ba seng bakae ba ile ba fallela Yuzhno-Sakhalinsk, moo ho neng ho e-na le Paki e le ’ngoe feela.
Pavel Sivulsky, eo e leng mora oa Pavel Sivulsky ea boletsoeng pejana, e ne e le e mong oa bo-pula-maliboho bao ba babeli ’me hona joale o sebeletsa Bethele. O re: “Ha re fihla Yuzhno-Sakhalinsk, ’na le mora e mong oabo rōna re ile ra lula hoteleng ka lebaka la hore ha rea ka ra fumana bolulo hang-hang. Re ile ra qala ho ea ka ntlo le ntlo pel’a hotele eo ’me ha re ntse re qoqa le batho re ne re ba botsa hore na ebe ho na le ea nang le ntlo e hirisoang. Batho bao re kopanang le bona ba ne ba re botsa hore na ba ka ea hokae haeba ba batla ho tsoela pele ho ithuta Bibele, empa re ile ra tlameha ho ba bolella hore re lula hoteleng le hore hang ha re se re fumane bolulo, re tla ba mema. Re ile ra rapela Jehova ka tieo hore a re thuse re fumane mosebetsi le bolulo. Jehova o ile a fela a utloa lithapelo tsa rōna. Kapele-pele re ile ra fumana mosebetsi le bolulo. Mosali e mong o ile a re re tl’o lula ha hae. O ne a sa re lefise rente a bile a re phehela lijo, e leng ho neng ho re thusa hore re qete nako e eketsehileng tšebeletsong ea tšimo. Jehova o ile a re bontša hore o na le rōna. Ka mor’a nako e khutšoanyane re ne re se re khanna lithuto tse ngata tsa Bibele re bile re hlophisa lihlopha tsa thuto ea buka. Ka mor’a likhoeli tse peli, re ile ra hira ntlo eo re ileng ra tšoarela liboka ho eona.”
Ha phutheho e ntse e hōla, bahoeletsi ba bangata ba bacha e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. Ba ne ba cheseha tšebeletsong ’me ba ile ba fallela likarolong tse ling tsa sehlekehleke seo ho ea bolella baahi ba moo litaba tse molemo. Ruri Jehova o ile a hlohonolofatsa cheseho ea phutheho ena e hōlang ka potlako ’me ha lilemo tse tharo li fela ka 1993, phutheho eo e ne e se e tsoetse liphutheho tse robeli.
Ha nako e ntse e ea, bahoeletsi ba bangata ba ile ba tloha sehlekehlekeng seo ka lebaka la mathata a moruo le ka lebaka la ho ea atolosa tšebeletso ea bona. Joaloka pejana, boiteko bo joalo bo ile ba etsa hore ho be le khōlo. Hona joale ho na le Holo ea ’Muso e bohehang bohareng ba motse oa Yuzhno-Sakhalinsk ’me sehlekehlekeng seo ho na le liphutheho tse robong le lihlopha tse ’nè, tse etsang potoloho.
MONYAKO O BULEHILE, LE HOJA BAHANYETSI BA LE BANGATA
Lekholong la pele la lilemo moapostola Pauluse o ile a re: “Ke buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong, empa ho na le bahanyetsi ba bangata.” (1 Bakor. 16:9) Le hona joale, ka mor’a lilemo tse likete tse peli, bahanyetsi ha ba e-s’o fokotsehe. Pakeng tsa 1995 le 1998, ofisi ea mochochisi ea Moscow e ile ea qosa Lipaki ka makhetlo a mane ka hore li tlōtse molao. E ile ea qosa Lipaki Tsa Jehova ka hore li hlohlelletsa batho hore ba hloee malumeli a mang, li qhala malapa, li etsa lintho tse khahlanong le ’Muso le hore li kena-kenana le litokelo tsa baahi ba bang. Eitse ha e sitoa ho paka liqoso tsena, eaba ka 1998 e hlahlela nyeoe lekhotleng le leng, e qosa Lipaki ka hore li hatakela litokelo tsa ba bang, e leng nyeoe e neng e ntse e thehiloe hona liqosong tseo tse se nang motheo.
Ka mor’a nako e ka etsang selemo, lekala la toka le ile la boela la ngolisa Setsi sa Tsamaiso sa Lipaki Tsa Jehova Russia, kaha le ile la hlokomela hore Lipaki ha li etse letho le hlohlelletsang batho ho hloea malumeli a mang, le qhalang malapa, kapa le kena-kenanang le litokelo tsa botho le hore libuka tsa tsona ha li hlohlelletse lintho tse joalo. Leha ho le joalo, ofisi ea mochochisi e ile ea boela ea qosa Lipaki ka tsona lintho tseo!
Baprofesa ba bang ba lithuto tsa bolumeli baa hlokomela hore seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang se thehiloe Bibeleng feela. Moprofesa oa lithuto tsa bolumeli Univesithing ea Naha ea Russia ea Herzen, Dr. N. S. Gordienko, o re: “Ha litsebi li qosa Lipaki Tsa Jehova ka seo li se rutang, ha li hlokomele hore ha e le hantle li qosa Bibele.”
Leha ho le joalo, Lekhotla la Motse oa Moscow le ile la etsa qeto ea hore Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow li se ke tsa hlola li amoheloa ka molao. Empa sena ha se thibele barab’abo rōna ho phetha taelo ea Bibele ea hore ba bolelle ba bang litaba tse molemo. Lipaki Tsa Jehova li kholisehile hore batho ba Moscow ba lokela ho iketsetsa qeto litabeng tsa bolumeli. Ho ba amoha tokelo ena e tla be e le ho kena-kenana le bolokolohi ba moahi e mong le e mong oa Moscow. Ka lebaka leo, Lipaki tsa Moscow li tla tsoela pele ho phetha taelo ea Jesu Kreste ea hore li bolele litaba tse molemo ’me li etse barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Hona joale Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ntse le hlahloba qeto e entsoeng ke Lekhotla la Motse la Moscow.
Ka September 1998, ha nyeoe ea ho leka ho felisa Lipaki Tsa Jehova Moscow e qala, ho ne ho e-na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse 43 Moscow. Ka mor’a lilemo tse robeli, li ne li se li le 93! Jehova o tšepisitse batho ba hae hore: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” (Esa. 54:17) Ka 2007, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tšoara kopano ea tsona ea setereke Lebaleng la Lipapali la Luzhniki, Moscow, moo Lipapali Tsa Olimpiki li kileng tsa tšoareloa teng. Ho ne ho e-na le batho ba 29 040 kopanong ena ’me ba ileng ba kolobetsoa ba ne ba le 655.
LEBITSO LA MOLIMO LE LEHOLO RUSSIA
Joalokaha ho tlalehiloe ho Malakia 1:11, Jehova Molimo o ile a re: “Ho tloha bochaba-tsatsi esita le ho isa bophirima-tsatsi lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba.” Ha letsatsi le leng le le leng le chaba, ho hlaha monyetla oa ho fumana motho e mong ea kang nku naheng ena e khōlō. Selemong se fetileng sa tšebeletso feela, ho kolobelitsoe batho ba fetang likete tse supileng Russia. Ha ho potang hore bona ke bopaki ba hore “Morena oa Marena,” kamoo Jesu Kreste a bitsoang kateng ka Bibeleng, o na le balateli ba hae ha ba ntse ba tsoela pele ka mosebetsi ona.—Mat. 24:14; Tšen. 19:16.
Moapostola Petrose o ile a re: “Letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu.” (2 Pet. 3:10) Ka lebaka leo, batho ba Jehova Russia ba ikemiselitse ho sebelisa nako e setseng ho batla batho ba nang le tšekamelo e nepahetseng sechabeng se seng le se seng, molokong o mong le o mong, lelemeng le leng le le leng, le bathong ba bang le ba bang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se hlahang Tsoheng! (ea Senyesemane) ea June 22, 1999, se reng “The Altaics—A People We Came to Love.”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 110]
“Haeba litlalehong tsa rōna ho ne ho e-na le ntho leha e le efe e mpe mabapi le lōna, esita le haeba ho ne ho ka thoe le tšolotse lerotholinyana feela la mali, re ka be re le thuntse kaofela”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 128]
“Ha re ka le lokolla, baahi ba bangata ba Soviet Union ba tla le sala morao. Ke ka lebaka leo re le nkang le le kotsi ka ho fetisisa Naheng ea habo rōna”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 219]
“Batho ba lōna ba joaloka linonyana; ha ba kanyapa mabokose a lingoliloeng, baqeta ka nako le matsotso”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 69]
Siberia ke Sebaka se Joang?
U nahana hore Siberia ke sebaka sa mofuta ofe? Mohlomong u nahana ka lehoatata le se nang baahi, leo mariha a lona a batang po! Kapa mohlomong u nahana ka naha-thote feela, sebaka seo ’muso oa Soviet Union o neng o romela lira tsa oona ho sona. Haeba u nahana joalo, u opile khomo lenaka, empa hase hoo feela.
Siberia ke sebaka se seholo, se fetang Canada, eo e leng eona naha ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Kajeno Siberia e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse fetang 13 000- 000, moeli oa eona o tloha Lithabeng Tsa Ural tse ka bochabela ho Leoatle la Pacific ’me o mong o tloha Mongolia le Chaena o ea ka leboea ho ea fihla Leoatleng la Arctic. Ke sebaka se tletseng matlotlo a tlhaho—lifate, oli le khase. Siberia ke sebaka sa mekoloko ea lithaba, se nang le lithota, mekhoabo, matša le linōka tsa litonanahali.
Ka lilemo tse ka bang 150, Siberia e ne e fetotsoe sebaka sa lichankana, moo batho ba qobelloang ho etsa mosebetsi o boima teng le moo ba lelekeloang teng. Lilemong tsa bo-1930 le bo-1940, Joseph Stalin o ile a romela batho ba limilione hore ba e’o sebetsa likampong tsa teng. Ka 1949 le ka 1951, Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 9 000 tse tsoang Moldova, lirephabliking tsa Baltic le Ukraine, li ile tsa lelekeloa Siberia.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 72, 63]
Tlhaloso e Khutšoanyane
Naha
Russia, eo e leng eona naha e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng, e bolelele ba lik’hilomithara tse 7 700 ho tloha bochabela ho ea bophirimela ’me e bophara ba lik’hilomithara tse 3 000 ho tloha leboea ho ea boroa ’me ka kakaretso e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 17 075 400. Moeli oa naha ena e akarelletsang mabatooa a 11 a nang le linako tse sa tšoaneng o fella hoo e ka bang bohareng ba Karolo e ka Leboea ea Lefatše. Russia e na le molollope o molelele ka ho fetisisa oa thaba le nōka e telele ka ho fetisisa Europe le letša le tebileng ka ho fetisisa lefatšeng.
Batho
Ho baahi ba lekholo, ba 80 ke Marussia. Leha ho le joalo, ho na le mehlobo e meng e 70 Russia. E meng ea eona e na le batho ba likete tse seng kae athe e meng e na le batho ba fetang milione.
Puo
Puo e sebelisoang ka molao ke Serussia ’me hoo e ka bang baahi bohle ba bua Serussia. Ho feta moo, ho na le lipuo tse ling tse fetang 100 tse buuoang mona ’me tse ling tsa tsona ke tse buuoang ke batho ba ka bang milione.
Moruo
Russia ke e ’ngoe ea linaha tse ka sehloohong tse hlahisang oli le khase. Mesebetsi e meng e meholo ea khoebo e akarelletsa ho hlokomela meru, ho sebetsa merafong le ho etsa thepa ea mefuta-futa.
Lijo
Bohobe ba rye bo bosootho le litapole li jelelloa ka limenyemenye tse entsoeng ka nama, tlhapi, k’habeche kapa lebejana. Marussia a pheha lijo tse nang le mafura le lik’habohaedreite tse ngata tse fanang ka matla a hlokahalang nakong e telele e batang ea mariha. Lijo tse tloaelehileng ke pelmeni (lipolokoe tsa nama) e tšeloang ka har’a sopho kapa e tšetsoeng lebejana le bolila ka holimo kapa piroshki (liphae tse nyenyane) tse kentsoeng k’habeche, nama, chisi, kapa litapole. Lisopho tse ratoang ke borscht, kapa sopho ea bete le shchi, kapa sopho ea k’habeche.
Mohatsela le mocheso
Lehlabula hoa chesa ’me mariha ho lefifi ebile hoa bata. Selemo le hoetla li feta ka potlako, e leng se etsang hore lehlabula le mariha li nke nako e telele.
(’Mapa oa Russia o leqepheng la 116 le la 167)
[Litšoantšo]
Ntlo-khōlō ea ’Muso oa Soviet Union
Thaba ea El’brus, e Kabardino-Balkaria
Bere e sootho, Hloahloeng ea Kamchatka
[Lebokose le leqepheng la 92, 93]
’Muso o ne o Loanela ho Laola Lipelo le Likelello Tsa Bona
’Muso oa Soviet Union o ne o sa batle ho bolaea Lipaki. Sepheo sa oona e ne e le ho li sokollela likhopolong tsa Masoviet, ebang ke ka ho li susumetsa kapa ka ho li qobella. E le hore o finyelle seo, ’muso o ile oa sebelisa KGB—e leng mokhatlo oa mautloela le tšireletseho ea naha. Mekhoa e meng eo ma-KGB a neng a e sebelisa ke ena:
Ho li phenya-phenya: A ne a phenyekolla malapeng a Lipaki esita leha e le bosiu. Malapa a mang a ile a tlameha ho fallela libakeng tse ling ka lebaka la hore a ne a phenya-phenngoa khafetsa.
Ho li beha leihlo: Sena se ne se akarelletsa ho mamela melaetsa ea fono, ho khaoletsa mangolo le ho kenya litšepe tsa ho rekota lipuisano malapeng a barab’abo rōna ka sekhukhu.
Ho li lefisa le ho qhala liboka: Naheng ka bophara, ba boholong ba ne ba lula ba behile libaka tseo barab’abo rōna ba tšoarelang liboka ho tsona leihlo. Bohle ba neng ba fumanoa libokeng ba ne ba lefisoa. Hangata ba ne ba lefisoa chelete e etsang halofo ea moputso o tloaelehileng oa khoeli kapa e ngata ho feta moo.
Ho li tšepisa tjotjo le ho li sokela: Ma-KGB a ne a tšepisa Lipaki tse ling hore a tla li fa matlo ka har’a motse oa Moscow le likoloi haeba li ka sebelisana le ’ona. Hangata barab’abo rōna ba ne ba bolelloa hore ba tla ahloleloa ho hlola lilemo tse ngata likampong tsa mosebetsi o boima haeba ba hana ho sebelisana le ’ona.
Mashano: Lifilimi, thelevishene le likoranta li ne li hlahisa Lipaki e le batho ba kotsi sechabeng. Ho ne ho fanoa ka lipuo lichankaneng le likampong tsa mosebetsi o boima tse neng li qosa barab’abo rōna ka seo ho neng ho thoe ke ho sebelisa Bibele ho etsa moritaoke ha ba iketela lipolotiki. Mashano ana a ile a baka khethollo; matichere a ne a fa bana ba Lipaki limaraka tse tlaase ’me bahiri ba ne ba hana ho fa barab’abo rōna litšoanelo tsa bona kapa matsatsi a phomolo ao ba neng ba lokela ho a fumana.
Ho sebelisa limpimpi: Mahlahana a KGB a neng a iketsa eka a thahasella molaetsa oa ’Muso a ne a ithuta Bibele le Lipaki a be a kolobetsoe. A mang a ile a ba a fuoa boikarabelo bo eketsehileng ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng. Sepheo sa ’ona e ne e le ho emisa mosebetsi oa boboleli ka ho jala lipelaelo le ho baka likarohano har’a Lipaki.
Ho li leleka: Lipaki li ile tsa isoa libakeng tse hōle haholo ka har’a naha. Ha barab’abo rōna ba fihla moo, ba ile ba tlameha ho ikhoantlella ka ho sebetsa ka thata lihora tse 12 ka letsatsi. Mariha ba ne ba ququtoa ke serame se kenang masapong; lehlabula teng ba ne ba qetoa ke menoang le liboba.
Ho li amoha thepa le ho li arohanya: Li ile tsa nkeloa litša, matlo le thepa ea tsona ka mahahapa. Ka linako tse ling batsoali ba Lipaki ba ne ba amohuoa bana ba bona.
Ho li soma le ho li shapa: Lipaki tse ngata, tse akarelletsang basali, li ne li rohakoa li bile li songoa. Tse ling li ile tsa khakhathoa ka sehlōhō.
Ho li kenya chankaneng: Morero e ne e le ho qobella Lipaki hore li latole tumelo ea tsona kapa ho li arohanya le barab’abo tsona.
Likampo tsa mosebetsi o boima: Likampong tsena Lipaki li ile tsa batla li shoa ke mokhathala. Hangata li ne li lokela ho koqola likutu tsa lifate tsa litonanahali. Barab’abo rōna ba ne ba boetse ba sebetsa merafong ea mashala, ba haha mebila ba bile ba etsa liporo tsa terene. Kaha basebetsi ba ne ba le hōle le malapa a bona, ba ne ba lula likampong.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 96, 97]
Ke Ile ka Ahloleloa Lefu ka Makhetlo a Mabeli
PYOTR KRIVOKULSKY
O HLAHILE KA 1922
O KOLOBELITSOE KA 1956
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a rupeloa seminaring pele a ithuta ’nete. O ile a qeta lilemo tse 22 a le lichankaneng le likampong tsa mosebetsi o boima ’me a hlokahala ka 1998.
KA 1940, Lipaki tsa Mapolishe li ile tsa qala ho paka moo ke neng ke lula teng Ukraine. Ke ile ka eteloa ke Korney, eo e neng e le mor’abo rōna ea tlotsitsoeng. Re ile ra qoqa bosiu kaofela ’me ke moo ke ileng ka kholiseha hore seo a neng a mpolella sona ka Molimo ke ’nete.
Ka 1942 lebotho la Majeremane le ile la atamela ’me mabotho a Soviet Union a tloha moo ke neng ke lula teng. E ne e le nako ea merusu. Maukraine a tletseng moea oa bochaba a ile a tsitlallela hore ke a thuse ho loantša Majeremane le Masoviet. Ha ke hana, a ile a nkhakhatha ho fihlela ke akheha, eaba a ntahlela seterateng. Bosiung bona boo, a ile a tla ’me a nkisa moo batho ba bolaoang larita. Ha ke fihla moo a ile a boela a mpotsa hore na ke tla sebeletsa sechaba sa Ukraine. Ke ile ka bua ka tieo ka lentsoe le phefa ka re, “Ke tla sebeletsa Jehova Molimo feela!” Eaba a nkahlolela lefu. Ha lesole le leng le laela hore ke thunngoe, le leng le ile la choabola sethunya ho le se tšoereng eaba lea hoeletsa le re: “Se k’a mo thunya! O sa ntse a ka re tsoela molemo.” Monna e mong o ile a halefa, eaba o qala ho nkotla. O ile a re eena ka boeena o tla nthunya pele beke eo e fela, empa ke eena ea ileng a bolaoa matsatsi a seng makae hamorao.
Ka March 1944, lebotho la Masoviet le ile la boea sekoele ’me masole a ile a tsamaea le banna bohle, hammoho le ’na. Joale e ne e se e le lebotho la Masoviet le neng le batla masole a eketsehileng. Ha ke fihla moo a neng a re khobokantse teng, ke ile ka kopana le Korney, e leng mor’abo rōna ea ileng a nthuta ’nete ka lekhetlo la pele. Ho ne ho e-na le Lipaki tse ling tse 70 moo. Re ile ra emella ka thōko ho ba bang eaba rea khothatsana. Ofisiri e ’ngoe e ile ea tla ho rōna ’me ea re botsa hore na ke hobane’ng ha re emeletse ka thōko. Korney o ile a hlalosa hore re Bakreste le hore re ne re ke ke ra nka lihlomo. Hang-hang masole a ile a tsamaea le eena a ba a re bolella hore o il’o thunngoa. Ha rea ka ra hlola re mo bona. A ile a qala ho re sokela, a re bolella hore a tla re thunya joalokaha a mo thuntse, eaba a qala ho re botsa ka bomong hore na re tla kena lebothong la ’ona. Ha ke hana, masole a mararo le ofisiri e ’ngoe a ile a nkisa morung. Molaoli oa lebotho o ile a mpalla kahlolo e lihiloeng ke lekhotla la sesole, e reng: “Ka lebaka la ho hana ho apara junifomo le ho nka lihlomo, u ahloletsoe ho bolaoa ke sehlopha sa masole a thunyang.” Ke ile ka rapela Jehova ka tieo ’me ka ipotsa hore na ebe o tla amohela tšebeletso eo ke neng ke mo etselitse eona, kaha ke ne ke e-s’o fumane monyetla oa ho kolobetsoa. Hang-hang ke ile ka utloa taelo e reng, “Thunyang sera sena!” Empa masole a ile a thunya moeeng. Eaba ofisiri eo e qala ho nkotla. Ke ile ka ahloleloa ho hlola lilemo tse leshome chankaneng ’me ka qetella ke le kampong e ’ngoe ea mosebetsi o boima Lebatooeng la Gorki, le khubung ea Russia.
Ke ile ka lokolloa ka 1956 ’me hamorao ka nyala morali e mong oabo rōna ea tšepahalang ea bitsoang Regina. Re ne re e-na le likhoeli tse tšeletseng re nyalane ha ke tšoaroa ka tšohanyetso ’me ke ahloleloa ho hlola lilemo tse leshome chankaneng.
Qetellong ha ke lokolloa, e mong oa ba boholong o ile a re ho ’na, “Ha re u batle mona Soviet Union.” O ne a fositse. Ruri hoa thabisa ho tseba hore lefatše ke la Jehova ’me ke eena ea etsang qeto ea hore na ke mang ea tla lula ho lona ka ho sa feleng!—Pes. 37:18.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 104, 105]
“Banana, na Lipaki Tsa Jehova li Teng Har’a Lōna Moo?”
YEVGENIA RYBAK
O HLAHILE KA 1928
O KOLOBELITSOE KA 1946
PALE EA BOPHELO BA HAE O hlahetse Ukraine empa o ile a nkoa ka mahahapa a isoa Jeremane, moo a ileng a ithuta ’nete teng. O ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi Russia.
KA Sontaha se seng, ke ile ka utloa ’mino o monate o kena ka fensetere. E ne e le Lipaki Tsa Jehova tse binang. Kapele-pele ke ile ka qala ho ea libokeng tsa tsona. Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Majeremane a ne a hlorisa Majeremane a mang ka lebaka la bolumeli ba ’ona. Metsoalle ea ka ea Maukraine eo ke neng ke isitsoe Jeremane le eona e ile ea qala ho ntlhoea ka lebaka la ho tloaelana le Majeremane. Ka lekhetlo le leng, e mong oa eona o ile a nkomanya a ba a nkotla sefahlehong. Banana ba bang bao e neng e le metsoalle ea ka ba ile ba qala ho ntšeha.
Ha ke qeta ho lokolloa ka 1945, ke ile ka khutlela Ukraine. Ntate-moholo o ile a re: “’M’ao o se a fapane hlooho. O lahlile litšoantšo tsa hae ’me o se a e-na le Molimo e mong.” Ha re setse re le bang, ’Mè o ile a ntša Bibele eaba o bala moo e reng Molimo o hloile borapeli ba litšoantšo. Ka mor’a moo o ile a mpolella hore o ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka seka meokho ’me ka mo kopa ka matsoho eaba kea mo sebela, ke re, “’Mè Moratuoa, le ’na ke Paki ea Jehova!” Bobeli ba rōna re ile ra lla ke thabo.
’Mè o ne a chesehela tšebeletso ea tšimo haholo. Kaha hoo e ka bang barab’abo rōna bohle ba ne ba koaletsoe lichankaneng, o ile a khetheloa ho ba mohlanka oa sehlopha. O ile a ntšoaetsa cheseho eo.
Ka 1950, ke ile ka tšoaroa ka lebaka la ho etsa lintho tse amanang le bolumeli ’me lekhotla la nkahlolela ho hlola lilemo tse leshome chankaneng. ’Na le barali ba bang babo rōna ba bane re ile ra isoa motseng oa Usol’ye-Sibirskoye, Siberia. Ho tloha ka April 1951, re ile ra sebetsa moo ho neng ho hahoa seporo sa terene. Re ne re jara lintho tse boima tse tšehetsang seporo; e le ’ngoe e ne e nkoa ke batho ba babeli. Re ne re boetse re kenya litšepe tsa seporo tse bolelele ba limithara tse 10 le boima ba lik’hilograma tse 320, re li nka ka matsoho. Re ne re khathala haholo. Ka lekhetlo le leng ha re ne re khathetse re tsoa mosebetsing re ea lapeng, terene e ’ngoe e neng e tletse batšoaruoa e ile ea fihla ea ema pel’a rōna. Monna e mong o ile a hlaha ka fensetere eaba o re, “Banana, na Lipaki Tsa Jehova li teng har’a lōna moo?” Re ile ra ba ra ikutloa re khatholohile. Re ile ra hoeletsa ra re, “Ka bohlano ba rōna re baralib’eno!” Batšoaruoa bao e ne e le bara le barali babo rōna ba ratehang ba neng ba lelekiloe Ukraine. Ha terene e ntse e eme, ka thabo ba ile ba re phetela hore na ho etsahetse’ng le hore na ho tlile joang hore ba lelekoe. Eaba bana ba re etsetsa lithothokiso tse ngotsoeng ke barab’abo rōna. Masole ha aa ka a re tšoenya ’me re ile ra khona ho ba ’moho le ho khothatsana.
Ha re tloha Usol’ye-Sibirskoye, re ile ra isoa kampong e khōlō e pel’a Angarsk. Ho ne ho e-na le baralib’abo rōna ba 22 moo. Ba ne ba hlophisitse lintho tsohle, ho akarelletsa le masimo a tla sebetsoa. Seo se ile sa re thusa hore re lule re e-na le kamano e ntle le Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 108, 109]
Ke ile ka Koalloa ke le Mong ka Seleng ka Makhetlo a ’Maloa
NIKOLAI KALIBABA
O HLAHILE KA 1935
O KOLOBELITSOE KA 1957
PALE EA BOPHELO BA HAE Ka 1949 o ile a lelekeloa Lebatooeng la Kurgan, Siberia.
RE NE re bona eka Paki e ’ngoe le e ’ngoe e Soviet Union e behiloe leihlo. Bophelo bo ne bo nyolosetsa, empa Jehova o ne a re fa bohlale. Ka April 1959, ke ile ka tšoaroa ka lebaka la ho etsa lintho tse amanang le bolumeli. Kaha ke ne ke sa batle ho tsoa barab’eso tlaase, ke ile ka etsa qeto ea ho latola ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Lefokisi le ile la mpontša litšoantšo tsa barab’abo rōna la ba la mpotsa hore na ke bo-mang. Ke ile ka re ha ho le ea mong oa bona eo ke mo tsebang. Eaba le mpontša setšoantšo sa moen’a ka ’me le re, “Hase moen’ao eo?” Ha ke araba ke ile ka re: “Ha ke tsebe hore na ke eena kapa hase eena. Ha ho seo nka se buang.” Ka mor’a moo, lefokisi leo le ile la mpontša foto ea ka eaba le re, “Hase uena eo?” Ka re, “Motho enoa o tšoana le ’na, empa hore na ke ’na kapa che, ha ke tsebe.”
Ke ile ka qeta nako e fetang likhoeli tse peli ke notleletsoe ka seleng. Hoseng ho hong le ho hong ha ke tsoha ke ne ke leboha Jehova ka lebaka la mosa oa hae o lerato. Ka mor’a moo ke ne ke ikhopotsa lengolo le leng le hlahang ka Bibeleng, ebe ke le sekaseka ke le mong, ke ntan’o bina lipina tsa ’Muso ka lentsoe la tlaase, kahobane re ne re sa lumelloa ho bina ka seleng. Ka mor’a moo, ke ne ke ikhopotsa taba e itseng e hlahang ka Bibeleng.
Ho ne ho se ho ntse ho e-na le Lipaki tse ngata kampong eo ke ileng ka koalloa ho eona. Maemo a ne a hlobaetsa haholo moo re neng re koaletsoe teng ’me re ne re sa lumelloa ho bua. Hangata barab’abo rōna ba ne ba isoa liseleng tseo ho tsona motho a koalloang a le mong. Ke ile ka koalloa seleng ea mofuta oo ka makhetlo a ’maloa. Liseleng tseo batšoaruoa ba ne ba fuoa ligrama tse 200 feela tsa bohobe ka letsatsi. Ke ne ke robala holim’a lepolanka le neng le koahetsoe ka tšepe e tenya. Fensetere e ne e pshatlehile, ho bile ho tletse menoang. Ke ne ke sama lirifi ha ke robala.
Hangata mora e mong le e mong oabo rōna o ne a ipatlela moo a patang lingoliloeng teng. ’Na ke ne ke pata lingoliloeng ka har’a lefielo leo ke neng ke fiela ka lona. Ha mohlokomeli a ne a phenyekolla, o ne a sa nahane le hanyenyane feela hore a ke a shebe ka har’a lefielo, le hoja a ne a nyakurela ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Re ne re boetse re pata lingoliloeng maboteng. Ke ile ka ithuta ho tšepa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Jehova o bona lintho tsohle ebile o tseba tsohle ’me o thusa mohlanka e mong le e mong oa hae ea tšepahalang. Ka linako tsohle Jehova o ’nile a nthusa.
Esita le pele lelapa leso le lelekoa, Ntate o ile a re Jehova a ka tsamaisa litaba ka tsela e tla etsa hore le batho ba hōle koana Siberia ba utloe ’nete. Potso eo re neng re ipotsa eona ke hore, ‘Seo se ka etsahala joang?’ Ho ileng ha etsahala ke hore ba boholong ka bobona ba ile ba nolofalletsa batho ba likete ba Siberia ba lipelo li ntle hore ba tsebe ’nete.
Ha lintho li fetoha ka tšohanyetso USSR, barab’abo rōna ba ile ba sebelisa monyetla oo hore ba ee kopanong ea machaba Poland ka 1989. Re ke ke ra lebala matsatsi ao. Ka mor’a thapelo e koalang, ha rea ka ra lula fatše empa re ile ra nka nako e telele re ntse re opa liatla. Ruri re ne re amehile maikutlo! Le hoja e ne e le khale ke kopana le mathata a mefuta-futa, e ne e se hangata re neng re seka meokho. Empa ha re arohana le barab’abo rōna ba ratehang ba Poland, meokho e ne e tšoloha feela, ho se ea ka e thibang ebile ho se ea batlang ho e thiba.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 112, 113]
Ho Etsa Lintho Tsohle ka Lebaka la Litaba Tse Molemo
PYOTR PARTSEY
O HLAHILE KA 1926
O KOLOBELITSOE KA 1946
PALE EA BOPHELO BA HAE Pyotr o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova ka 1943 ’me o ile a qeta nako likampong tse peli tsa mahloriso tsa Manazi le kampong ea mosebetsi o boima Russia. Hamorao e ile ea e-ba molebeli oa potoloho nakong ea ha mosebetsi o ne o thibetsoe.
KA MOR’A hore ke ithute lithuto tsa motheo tsa Bibele ha ke ntse ke le Jeremane ea Bonazi, kapele-pele ke ile ka qala ho li bolella batho bao ke tloaelaneng le bona, ’me ba bangata ba bona ba ile ba kopanela le ’na borapeling bo hloekileng. Ka 1943 moruti e mong o ile a ntšenya lebitso ho Magestapo, a ileng a ntšoara ’me a nqosa ka hore ke hlohlelletsa bacha hore e be bafetoheli. Kapele ka mor’a moo, ke ile ka isoa kampong ea polao ea Maidanek, Poland. Ho ba ’moho le bara le barali babo rōna e ne e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ha re le kampong eo, re ile ra ikemisetsa ho tsoela pele re bolela litaba tse molemo le ho feta. Ho ne ho e-na le batho ba bangata moo ba neng ba bontša hore ba thahasella ’nete ’me re ile ra leka ho fumana litsela tsa ho ba pakela ka ’Muso oa Jehova. Ka lekhetlo le leng ke ile ka shapuoa ka sephali se marapo a mabeli ka makhetlo a 25. Ke ile ka ema eaba ke bua ka lentsoe le phefa ka Sejeremane ke re, “Danke schön!” (“Kea leboha!”) Monna e mong oa Lejeremane o ile a re: “Khele! Moshanyana eo o thata hakaakang! Rea mo shapa ha a qeta oa re leboha!” Ba ne ba nchapile hoo ke neng ke tletse matetetso ka mokokotlong.
Mosebetsi o ne o le boima ’me re ne re felile ke mokhathala. Ha batho ba shoa ba ne ba chesetsoa mohahong oo ho chesetsoang litopo ho oona, moo li neng li chesoa bosiu le motšehare. Ke ne ke nahana hore haufinyane le ’na ba tla nchesetsa hona moo. Ho ne ho bonahala eka ke tla tsoa kampong eo ke le setopo. Ho tsoa kotsi ke hona ho ileng ha mpholosa. Batho bohle ba neng ba bonahala ba phela hantle ba ne ba qobelloa ho sebetsa ’me ba bang ba ne ba isoa likampong tse ling. Ka mor’a libeke tse peli, ke ile ka isoa kampong ea mahloriso Ravensbrück.
Ha ntoa e se e tla lala, ke ile ka utloa menyenyetsi ea hore Majeremane a ne a tla tloha a re thunya kaofela. Eaba re utloa ho thoe balebeli ba balehile. Eitse ha batšoaruoa ba lemoha hore joale ba lokolohile, eaba kaofela baa phasalla. Ke ile ka qetella ke le Austria moo ke ileng ka thaotheloa ho ngolisa sesoleng. Ke ile ka hana li sa tloha feela, ka bolela hore ke qetile nako likampong tsa mahloriso ka lebaka la bolumeli ba ka. Ke ile ka lumelloa hore ke khutlele haeso Ukraine, eo e neng e sa le karolo ea Soviet Union. Ka 1949 ke ile ka nyala Yekaterina, eo e bileng molekane oa ka ea tšepahalang. Ka 1958 ke ile ka tšoaroa ’me ka isoa kampong e ’ngoe ea mosebetsi o boima Mordvinia.
Ka mor’a hore ke lokolloe, ke ile ka thusa mosebetsing oa ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele. Ka lekhetlo le leng ka 1986, re ne re qetile bosiu bohle re hatisa maqephe a 1 200. Re ne re a pakile fatše, libetheng le kae kapa kae moo re neng re ka a paka teng. Eaba re bona monna e mong eo e neng e le lefokisi la KGB a se a re thoso! a re o tletse hore “re tl’o bua feela.” Yekaterina o ile a botsa hore na o batla hore re e’o buela hokae, a sa nahane hore a ka ’na a re o batla ho kena ka tlung. Empa se thabisang ke hore o ile a re o batla ho bua le rōna re le ka kichineng ea rōna e ka ntle. Hoja feela o ile a kena ka tlung, re ka be re ile ra tšoaroa.
Ho tla fihlela lena le holimo, re ikitlaelletsa ho phelela boinehelo ba rōna le ho etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo. Bana ba rōna ba tšeletseng, litloholo tse 23 le litloholoana tse peli ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ’me re leboha Jehova ha e le mona bana ba rōna ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.
[Lebokose le leqepheng la 122]
Motho o ne a Koalloa a le Mong ka Seleng
’Musong oa Masoviet, ho ne ho tloaelehile hore motho a fuoe kotlo ea ho koalloa a le mong ka seleng ka lebaka la litlōlo tse kang ho hana ho nehelana ka lingoliloeng tsa bolumeli. Batšoaruoa ba ne ba fuoa liaparo tse thochehileng ebe ba koalloa ka liseleng.
Ak’u inahanele hore na sele e tloaelehileng e ne e le joang. E ne e le nyenyane—e ka ba boholo ba lisekoere-mithara tse tharo. E ne e le lefifi, e le mongobo ebile e le litšila ’me serame sa teng e le se kenang masapong haholo-holo mariha. Mabota a eona a ne a le khorofo. E ne e e-na le fensetere e nyenyane e keneletseng hare leboteng le botenya ba mithara. Likhalase tse ling tsa fensetere li ne li pshatlehile. Re ne re khantša ka lebone la motlakase le neng le kentsoe lesobeng le leboteng ’me le koahetsoe ka tšepe e nang le masoba a manyenyane. Ha motho a ne a sa lule fatše samenteng, sebaka feela seo a neng a ka lula ho sona e ne e le nthonyana e kang setupu e haheletsoeng leboteng. Motho o ne a ke ke a lula moo nako e telele. Ka mor’a nako e khutšoanyane feela mesifa ea maoto le ea mokokotlo e ne e khathala e bile e qala ho ba bohloko ’me lebota le khorofo le ne le khumola motho mokokotlo.
Bosiu balebeli ba ne ba sutumelletsa motho lebokose la lepolanka le motopo hore a robale holim’a lona. Le ne le tlanngoe ka mabanta a entsoeng ka masenke a sehiloeng. Motho o ne a ka paqama holim’a mapolanka le mabanta ao, empa o ne a ke ke a robala ka lebaka la serame. Ho ne ho se na likobo. Ho ne ho tloaelehile hore batšoaruoa ba koaletsoeng ba le bang ka liseleng ba fuoe ligrama tse 300 feela tsa bohobe ka letsatsi le sopho e metsi ka mor’a matsatsi a mararo.
Ntloana e ne e le phaephe feela e epetsoeng fatše ’me e ne e nkha hampe. Lisele tse ling li ne li e-na le lintho tse fehlang moea o neng o butsoela monko o mobe o tsoang ka liphaepheng tsa likhoerekhoere hore o kene ka seleng. Ka linako tse ling bahlokomeli ba ne ba bulela lintho tsena tse fehlang moea e le hore ba ka nyotobetsa batšoaruoa ba be ba ba sotle le ho feta.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 124, 125]
Kampo 1 ea Mordvinia
Pakeng tsa 1959 le 1966, barab’abo rōna ba fetang 450 ba ile ba qeta nako e itseng kampong ena e neng e ka nka batšoaruoa ba 600. Kampo ena eo e neng e le e ’ngoe ea likampo tse 19 Mordvinia tseo ho tsona batho ba neng ba qobelloa ho etsa mosebetsi o boima, e ne e kampetsoe ka terata ea motlakase e hlabang e ka bang bophahamo ba limithara tse tharo. Terata ena e ne e lika-likelitsoe ka literata tse ling tse hlabang tse 13. Mobu o potolohileng kampo eo o ne o lula o phetholoa e le hore haeba motho leha e le ofe a baleha a ka siea mohlala.
Ba boholong ba ne ba leka ho tlatlapa Lipaki ’meleng le maikutlong ka ho li arola ho batho ba bang. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba atleha ho hlophisa mesebetsi ea phutheho ka har’a kampo.
Kampo ka boeona e ile ea e-ba potoloho e nang le molebeli oa eona oa potoloho. Potoloho eo e ne e e-na le liphutheho tse ’nè tse entsoeng ka lihlopha tse 28 tsa thuto ea buka. Barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho tšoara liboka tse supileng ka beke e le hore ba thuse bohle hore ba lule ba le matla moeeng. Qalong ba ne ba e-na le Bibele e le ’ngoe feela, kahoo ba ile ba etsa kemiso ea hore phutheho ka ’ngoe e e bale ’me ka mor’a moo e e fetisetse phuthehong e ’ngoe. Hang ha monyetla o hlaha, barab’abo rōna ba ile ba qala ho kopitsa Bibele eo. Libuka tse sa tšoaneng tsa Bibele li ile tsa ngoloa ka letsoho libukaneng tsa ho ngolla lintlha ’me Bibele ka boeona e ile ea patoa ka hloko sebakeng se sireletsehileng. Ka tsela ena, barab’abo rōna ba ne ba ka khona ho tsamaisana le kemiso ea ’malo oa Bibele. Ho ile ha hlophisoa le Thuto ea Molula-Qhooa. Ha baralib’abo rōna ba ne ba etetse banna ba bona, ba ne ba tla le limakasine tse nyenyane kampong, ba li kentse ka hanong kapa ka har’a lirethe tsa lieta kapa ba lohelletse maqetšoana a pampiri moriring. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba qeta letsatsi le le leng ho isa ho a 15 liseleng tseo ho tsona motho a koalloang a le mong ka lebaka la ho kopitsa lingoliloeng ka letsoho.
Sebaka sena se ne se le hōle le batšoaruoa ba bang. Balebeli ba ne ba lula ba lebetse Lipaki ka hloko e le hore li se ke tsa bala letho ha li le moo. Leha ho le joalo, bara ba bang babo rōna ba ile ba loha maqheka a ho li fa lijo tsa moea. Mora e mong oabo rōna o ne a ee a hloelle marulelong a mohaho o manepana le jarete eo batšoaruoa ba otlollelang maoto ho eona ha ba ntse ba le liseleng tseo ho tsona motho a koalloang a le mong. O ne a nka lipampiri tse nyenyane tse ngotsoeng litemana tsa Bibele eaba li sobokelloa hore e be libolo tse nyenyane tse bophara ba senthimithara, ebe o beha bolo eo qetellong ea phaephe e telele ’me o e butsoela hore e e’o oela moo Paki e tsamaeang teng tlaase koana ka jareteng. Paki e ne e inama e etsa eka e fasa marapo a seeta, ebe e nka lijo tseo tsa moea ba bang ba sa hlokomele.
Batšoaruoa ba ne ba fuoa lesheleshele le kopantsoeng le oli e nyenyane ea peō ea k’hothone e le lijo tsa hoseng le tsa mantsiboea. Lijo tsa motšehare e ne e le sopho ea bete kapa sopho e ’ngoe le lijo tse jeoang kamehla. Batšoaruoa ba ne ba ja bohobe bo shebahalang joaloka lesela le etsang libutsi. Ivan Mikitkov o re, “Ke ile ka qeta lilemo tse supileng kampong ena ’me re ne re atisa ho tšoaroa ke mala a bohloko.”
Barab’abo rōna ba ile ba ema ba tiile tumelong. Le hoja bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ile ba aroloa ho batho ba bang, seo ha sea ka sa ba thefula moeeng, empa ba ile ba tsoela pele ho bontša tumelo le hore ba rata Molimo le baahelani ba bona.—Mat. 22:37-39.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 131, 132]
O Ile a Mpotsa, “U Llela’ng?”
POLINA GUTSHMIDT
O HLAHILE KA 1922
O KOLOBELITSOE KA 1962
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a nyaloa ke Viktor Gutshmidt. Ha Polina a ntse a le chankaneng, o ile a bona kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li le mosa kateng.
KE NE ke lumela likhopolo tsa Makomonisi ka pelo eohle ke bile ke li tšehetsa. Leha ho le joalo, ka May 1944 Makomonisi a ile a ntšoara a ba a nkisa kampong ea mosebetsi o boima Vorkuta. Ke ile ka qeta lilemo tse tharo ke sa tsebe hore na ke tšoaretsoe’ng. Qalong ke ne ke lumela hore ho entsoe phoso, kahoo ka lula ke lebeletse hore ke tla lokolloa. Ho e-na le hore ke lokolloe, ke ile ka ahloleloa ho hlola lilemo tse leshome chankaneng hobane ho thoe ke buile lintho tse khahlanong le ’muso oa Masoviet.
Kaha ke ne ke koetliselitsoe mesebetsi ea bongaka, ke ile ka sebetsa sepetleleng sa kampo lilemo tse seng kae ha ke sa tsoa kena teronkong. Ka 1949, ke ile ka isoa kampong ea batho ba tšoaretsoeng litaba tsa lipolotiki, Inta. Melao ea balaoli ba kampo eo e ne e le thata haholo. Batšoaruoa ba bangata ba ne ba hloname, ba se na mekhoa e metle, ba itšoere hampe, ba sa tsotelle ba bile ba feletsoe ke tšepo. Lintho li ile tsa mpefala le ho feta ha ho hlaha menyenyetsi ea hore batho bohle ba kampong eo ba tl’o thunngoa kapa ba ahloleloe ho hlola bophelo bohle chankaneng. Batšoaruoa ba ’maloa ba ile ba lahleheloa ke kelello ka lebaka la ho tetebela maikutlo. Batšoaruoa ba ne ba sa tšepane ba bile ba hloeane kahobane ho ne ho tletse limpimpi kampong eo. Batho ba ne ba itšehla thajana ’me ba etsa seo ba ka se khonang hore feela ba khone ho qheqhebisa. Boithati le meharo li ne li jele setsi.
Ho ne ho e-na le sehlopha se seng sa batšoaruoa ba basali ba ka bang 40 ba neng ba fapane haholo le ba bang kaofela. Ba ne ba lula e le ngatana-’ngoe, ba khahleha, ba le makhethe, ba le mosa ba bile ba le botsoalle. Boholo ba bona e ne e le basali ba bacha lilemong le bananyana. Ke ile ka utloa ho thoe ke batho ba bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova. Batšoaruoa ba ne ba ba tšoara ka litsela tse sa tšoaneng. Ba bang ba ne ba ba tšoara hampe ba bile ba ba hloile. Ba bang ba ne ba khahloa ke boitšoaro ba bona, haholo-holo tsela eo ba neng ba ratana ka eona. Ka mohlala, ha e mong oa Lipaki a ne a kula, ba bang ba ne ba chenchana ka ho mo hlokomela ba bile ba itima boroko. Ntho ena e ne e sa tloaeleha ho hang kampong.
Ke ile ka hlolloa ha ke bona hore sehlopha sena se akarelletsa batho ba lichaba tse ngata, empa ba ne ba utloana. Ka nako eo ke ne ke sulafaletsoe ke bophelo. Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke sithabetse haholo, ke ile ka lula fatše eaba kea lla. E mong oa banana bao o ile a tla ho ’na ’me a re, “Polina, u llela’ng?”
Ka re: “Ha ke sa batla ho phela.”
Ngoanana eo ea bitsoang Lidia Nikulina, o ile a qala ho ntšelisa. O ile a mpolella hore na morero oa bophelo ke ofe, hore na Molimo o tla rarolla mathata ’ohle a moloko oa batho joang, a ba a mpolella lintho tse ling tse ngata. Ke ile ka lokolloa ka July 1954. Ka nako eo Lipaki Tsa Jehova li ne li se li nthutile lintho tse ngata ’me ke ne ke lakatsa ho ba e mong oa tsona.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 140, 141]
Ke Ile ka Tlohela ho ba Moenjiniere oa Sesole ka ba ’Moleli oa Litaba Tse Molemo
VLADIMIR NIKOLAEVSKY
O HLAHILE KA 1907
O KOLOBELITSOE KA 1955
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a isoa likampong le lichankaneng tse 256 tse sa tšoaneng. O ile a hlokahala ka 1999.
KE ILE ka fumana mangolo Setsing sa Boenjiniere sa Mecha ea Puisano sa Moscow ka 1932. Ke ne ke sebetsa setsing se seng sa Moscow ke le moenjiniere ke bile ke le setsebi se ka sehloohong sa meralo ho fihlela ka 1941. Ke ne ke etsa meralo ea thepa e khethehileng e sebelisoang likepeng tsa ntoa. Ke ile ka isoa chankaneng nakong ea ntoa ’me ka qetella ke isitsoe kampong e ’ngoe e bohareng ba Kazakhstan, motseng oa Kengir.
Ha ke le moo, ke ile ka haptjoa maikutlo ke sehlopha se seng sa Lipaki Tsa Jehova. Li ne li fapane le batšoaruoa ba bang. Li ne li ka ba 80 ka palo har’a batšoaruoa ba ka bang 14 000 ba neng ba lula likarolong tse tharo tsa kampo. Tsela eo Lipaki li neng li fapane ka eona le batšoaruoa ba bang e ile ea totobala haholo ha ho tsoha morusu Kengir ka 1954. Lipaki Tsa Jehova ha lia ka tsa kenya letsoho phetohelong eo ebile li ile tsa hana ho itokisetsa eona. Li ile tsa lula li khobile matšoafo ka tsela e hlollang tsa ba tsa leka ho hlalosetsa batšoaruoa ba bang boemo ba tsona. Tsela eo li neng li itšoere ka eona e ile ea nkhahla hoo ke ileng ka kōpa hore li mpolelle seo li se lumelang. Hamorao ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova. Ha Lipaki li ntse li le kampong moo, tumelo ea tsona e ile ea lekoa, haholo-holo ha masole a hlometseng ka litanka a hlōla bafetoheli bao.
Ka lekhetlo le leng ke ile ka utloa hore balaoli ba babeli ba sesole ba tsoang Moscow ba tlile ka ho khetheha ho tla buisana le ’na. E mong oa bona o ile a re ho ’na: “Vladimir, ak’u khaotse lintho tsena tseo u ntseng u li etsa. U moenjiniere oa sesole u bile u setsebi sa meralo. Naha ea heno ea u hloka. Re batla hore u khutlele mosebetsing oa hao. Molato ke eng ha eka u thabela ho lula le batho ba sa rutehang tjee?”
Eaba ke re: “Ha ho letho leo nka ithorisang ka lona. Litalenta tsohle tseo motho a nang le tsona o li filoe ke Molimo. Ba mo mamelang ba tla thabela ho phela tlas’a ’Muso oa Kreste oa Lilemo Tse Sekete, moo batho bohle e tla ba ba phethahetseng le ba rutehileng e le kannete.”
Ke ile ka thaba haholo ha e le moo ke ile ka fumana monyetla oa ho buisana le balaoli bao ba sesole ka linnete. Ba ile ba nkōpa ka makhetlo hore ke khutlele mosebetsing oo ke neng ke o etsa pele. Leha ho le joalo, ke ile ka ba kōpa hore ba se hlole ba nkhathatsa ba mpe ba ntlohele ke itulele kampong moo le barab’eso ba moea, bao ke neng ke ba rata haholo.
Ka 1955 ke ile ka lokolloa chankaneng. Ke ile ka qala ho sebetsa lekaleng le leng la litaba tsa meralo le sa amaneng le sesole. Ha ke ntse ke etsa matsapa a ho jala peō ea ’nete haholo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le lelapa la moenjiniere e mong. Kapele-pele eena le ba lelapa la hae e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova ea ba ea e-ba baboleli ba chesehang. Empa ma-KGB a ne a ntse a mpehile leihlo, kahoo eitse ha a phenyekolla folete ea ka eaba a fumana lingoliloeng tsa Bibele. Lekhotla le ile la nkahlolela ho hlola lilemo tse 25 chankaneng, eaba ke isoa kampong e ’ngoe ea mosebetsi o boima motseng oa Krasnoyarsk, Siberia. Ke ile ka isoa likampong le lichankaneng tse ngata tse sa tšoaneng. Ka lekhetlo le leng, ha ke bala likampo le lichankana tse sa tšoaneng tseo ke ileng ka isoa ho tsona bophelong bohle ba ka, ke ile ka fumana e le tse 256 kaofela.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 147, 148]
Re ne re Hloka Lisutuk’heise Tse Khōlō
NADEZHDA YAROSH
O HLAHILE KA 1926
O KOLOBELITSOE KA 1957
PALE EA BOPHELO BA HAE O ithutile ’nete ha a le kampong ea mahloriso ea Ravensbrück. Ha a khutlela Soviet Union, o ile a qeta lilemo tse ngata a tsamaisa lingoliloeng le mangolo. Hona joale o lula Caucasia.
HA KE fihla kampong ea mahloriso ka 1943, ke ile ka utloa ke se ke sa batle ho phela. Ke ile ka lula ke e-na le boikutlo bona ho fihlela ha ke kopana le Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke khutlela haeso Ukraine ke se ke e-na le tšepo e tiileng ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise! E le hore ke lule ke le matla moeeng, ke ile ka qala ho ngollana le baralib’abo rōna. Leha ho le joalo, ma-KGB a ile a khaoletsa mangolo a ka ’me ho e-s’o ee kae, ke ile ka ahloleloa ho hlola lilemo tse 15 kampong ea chankana.
Ka November 1947, ke ile ka koalloa kampong e ’ngoe Kolyma, moo ho neng ho se na Paki le e ’ngoe. Jehova o ile a nthusa hore ke bolele litaba tse molemo. Motšoaruoa e mong ea bitsoang Yevdokia, o ile a bontša hore o thahasella Bibele. Re ile ra ba metsoalle ra ba ra tšehetsana moeeng le maikutlong. Ke ne ke sa tsebe Bibele hakaalo, empa tsebo eo ke neng ke e-na le eona e ne e lekane hore ke lule ke tšepahala ho Jehova.
Mathoasong a 1957, selemo ka mor’a hore ke lokolloe, ke ile ka fallela Suyetikha, Lebatooeng la Irkutsk. Barab’abo rōna ba ile ba nkamohela ka mofuthu le ka matsoho a mabeli. Ba ile ba nthusa hore ke fumane mosebetsi le bolulo. Empa se ileng sa nthabisa le ho feta ke hore ba ile ba nkōpa hore ke kopanele mesebetsing ea puso ea Molimo. Kaha ke ne ke e-s’o kolobetsoe, ke ile ka kolobetsoa ka bateng e khōlō. Joale ke ne ke se ke loketse ho jara boikarabelo ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Boikarabelo ba ka bo ne bo akarelletsa ho tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele le mangolo.
Re ne re lokela ho isa lingoliloeng hohle Siberia, Russia bohareng le Ukraine bophirimela. Lintho tsohle li ne li lokela ho raloa hantle esale pele. Re ne re lokela ho ba le lisutuk’heise tse khōlō e le hore re ise lingoliloeng Ukraine bophirimela. Ka nako e ’ngoe ha ke le Seteisheneng sa Yaroslavl’, Moscow, loko ea sutuk’heise e ’ngoe e ile ea khaoha, eaba lingoliloeng kaofela lia qhalana. Ke ile ka khoba matšoafo, eaba ke phutha lingoliloeng tseo kaofela ke iketlile, ke ntse ke rapela. Ke ile ka khona ho li nka kaofela ka ba ka tsoa ke potlakile seteisheneng moo. Ka lehlohonolo ha ho le ea mong ea ileng a ntsotella.
Ka lekhetlo le leng, ke ile ka tloha Ukraine ke nkile lisutuk’heise tse peli tse tletseng lingoliloeng ke ea Siberia, ka tsela e potang le Moscow. Ke ile ka beha sutuk’heise e ’ngoe ka tlas’a bethe ea lekareche la terene. Ka mor’a nakoana, banna ba babeli ba ma-KGB ba ile ba kena ka lekarecheng leo. Ba ile ba bua ka lintho tse ngata, ba ba ba bua le ka Lipaki, tseo ba neng ba re li “hasa lingoliloeng li bile li hlohlelletsa batho ho fetohela ’muso oa Masoviet.” Ke ile ka leka hore ke lule ke khobile matšoafo e le hore ke se ke ka tsosa libata masene. Etsoe ho ne ho tšoana le ha ba lutse holim’a lingoliloeng tseo!
Ebang ke ne ke tsamaisa lingoliloeng kapa ke phetha likabelo tse ling, ke ne ke se ke ntse ke itokiselitse hore nka ’na ka tšoaroa leha e le neng. Ho ile ha etsahala lintho tse ngata tse ileng tsa nthuta hore ke tšepe Jehova maemong ’ohle.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 158, 159]
“Ruri Batho ba Lōna ba Fapane”
ZINAIDA KOZYREVA
O HLAHILE KA 1919
O KOLOBELITSOE KA 1958
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a qeta lilemo tse ngata likampong tse sa tšoaneng ’me o hlokahetse ka 2002.
HAESALE ke labalabela ho sebeletsa Molimo ho tloha bongoaneng. Ka 1942 mokhotsi e mong oa ka, ea neng a hlile a amehile ka ’na, o ile a nkisa kerekeng ea Orthodox ea Russia, kaha o ne a tšaba hore “ke tla qetella ke ile liheleng.” Leha ho le joalo, eitse ha moruti a utloa hore ke Moossetia, eaba o hana ho nkolobetsa. Letšolong la ka la ho batla ’nete, ke ile ka kena kereke ea Masabatha, ea Mapentekonta le ea Mabaptiste. Ka lebaka leo, ba boholong ba ile ba nkahlolela hore ke isoe kampong eo ho eona ke neng ke tla qobelloa ho etsa mosebetsi o boima. Ha ke le kampong eo, ke ile ka kopana le Lipaki ’me kapele-pele ka lemoha hore seo li se buang ke ’nete. Ka mor’a hore ke lokolloe ka 1952, ke ile ka khutlela hae moo ke ileng ka qala ho bolela litaba tse molemo.
Ka letsatsi le leng ka December 1958, ke ile ka utloa lerata la motho ea kokotang monyako esale ka matjeke. Masole a ile a itšohlometsa ka tlung eaba a qala ho phenyekolla, ha a mabeli a ntse a ntebetse k’honeng. Ntate o ile a tsoha a tšohile haholo a bile a tšoenyehile ka lelapa la hae, haholo-holo ka bara ba hae. Batsoali ba ka ba ne ba e-na le bara ba bahlano ’me e ne e le ’na feela ngoanana. Ha Ntate a bona kamoo masole ao a neng a phahlolla likamore tsohle kateng, esita le ka kamoreng e tlas’a marulelo, o ile a elelloa hore e tlameha ebe ke ka lebaka la bolumeli ba ka. O ile a koatola sethunya, eaba oa kharuma o re, “Mpimpi ea Maamerika!” O ile a leka ho nthunya empa masole ao a ile a mo amoha sethunya. Ke ne ke sa kholoe hore ntate oa ka a ka be a nthuntse. Ha masole ao a qeta ho phenyekolla, a ile a tsamaea le ’na ka vene e nang le kanopi, empa ke ne ke thabetse hore ebe ke sa ntse ke phela. Ke ile ka ahloleloa ho hlola lilemo tse leshome chankaneng ka lebaka la ho etsa lintho tse amanang le bolumeli ba ka.
Ke ile ka lokolloa ka December 1965 pele ke qeta kahlolo ea ka. Batsoali ba ka ba ne ba thabetse ho mpona, empa Ntate o ne a sa batle hore ke lule lapeng. Leha ho le joalo, se makatsang ke hore ma-KGB a ile a qobella Ntate hore a ’ngolise hore ke lula ha hae, a ba a nthusa hore ke fumane mosebetsi. Ntate o ne a ntse a sa mpatle joaloka pele, empa ha nako e ntse e ea, o ile a nolofala. O ile a kopana le bara le barali babo rōna ha ba nketetse. Likhaitseli tsa ka li ne li sa sebetse, li noa haholo li bile li le mabifi. Ka lekhetlo le leng, Ntate o ile a re: “Kea bona hore ruri batho ba lōna ba fapane le seo ke neng ke se nahana. Ke batla ho u fa kamore ea hao eo le ka tšoarelang liboka tsa lōna ho eona.” Ke ne ke sa kholoe seo ke se utloang! Ntate o ile a mpha kamore e khōlō eaba o re: “U se ke ua tšoha. Ha le ntse le tšoere seboka, ’na ke tla le lebela hore ho se ke ha e-ba le motho ea tla kena.” Ho ile ha fela ha e-ba joalo hobane motho e mong le e mong o ne a tseba hore Ntate hase potele e khoathoang ka lehlaka.
Kahoo re ile ra tšoarela liboka tsa Bokreste hona lapeng, re sirelelitsoe ke Jehova le ntate oa ka. Batho ba ka bang 30 ba ne ba e-ba teng libokeng tseo, kaha Lipaki li ne li le kaalo Ossetia mehleng eo. Ke ne ke thaba haholo ha ke sheba ka ntle ka fensetere ’me ke bona batsoali ba ka ba lutse seterateng ba re lebetse. Kajeno ho na le bahoeletsi ba mafolofolo ba ka bang 2 600 Ossetia ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova.—Esa. 60:22.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 162, 163]
E ne e le ’Na Feela Paki e Setseng Kampong
KONSTANTIN SKRIPCHUK
O HLAHILE KA 1922
O KOLOBELITSOE KA 1956
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a ithuta ’nete ka 1953 a le kampong ea mosebetsi o boima a ba a kolobetsoa hona moo ka 1956. O ile a qeta lilemo tse 25 tse hlahlamanang a koaletsoe chankaneng ka lebaka la ho ba Paki ea Jehova. O hlokahetse ka 2003.
KE ILE ka kopana le mor’abo rōna ea bitsoang Vasily, mathoasong a 1953 ha ke le chankaneng. O ile a mpolella hore o koaletsoe moo ka lebaka la tumelo ea hae ho Molimo. Ke ne ke sa utloisise hore na ho tla joang hore motho a koalloe chankaneng ka lebaka la tumelo ea hae. Taba ena e ile ea ntšoenya hoo ke ileng ka hlobaela bosiu. Ka le hlahlamang o ile a ntlhalosetsa taba eo ka ho hlaka. Butle-butle ke ile ka qala ho lumela hore Bibele ke buka e tsoang ho Molimo.
Ke ile ka kolobetsoa ka 1956. Ho elella qetellong ea selemo seo, bahlokomeli ba ile ba fumana hore re na le lingoliloeng tse ngata tsa Bibele ha ba ntse ba phenyekolla. Liphuputso li ile tsa nka nako e ka etsang selemo, eaba ka 1958 lekhotla le nkahlolela ho hlola lilemo tse 23 chankaneng ka lebaka la mosebetsi o amanang le bolumeli. Ka nako eo, ke ne ke se ke qetile lilemo tse hlano le halofo ke le likampong. Ke ile ka qeta nako eo eohle, e leng lilemo tse 28 le likhoeli tse tšeletseng, ke ntse ke koaletsoe.
Ka April 1962 lekhotla le ile la mpitsa “motlōli oa molao ea kotsi ka ho fetisisa,” eaba ke isoa kampong e sirelelitsoeng le e lebetsoeng ka ho fetisisa, moo ke ileng ka qeta lilemo tse 11. Ho na le lintho tse ngata tse neng li etsa hore kampo eo e be “eo ho seng e tšoanang le eona.” Ka mohlala, chelete ea lijo eo motho ka mong a neng a e fuoa e ne e le likopeck tse 11 ka letsatsi, e leng chelete eo ka nako eo motho a neng a ke ke a reka le bohobe feela ka eona. Ke ne ke le bolelele ba limithara tse 1,9, empa ke le boima ba lik’hilograma tse 59 feela. Letlalo la ka le ne le omme ngo! hoo le neng le khakhapheha.
Kaha ke ne ke le sehahi se ipabolang, ke ne ke atisa ho romeloa malapeng a ba boholong hore ke e’o lokisa matlo a bona. Ho ne ho se na motho ea ntšabang ’me beng ba matlo ba ne ba sa itšoenye ho pata thepa ea bona ha ke tla. Ha mosali oa e mong oa ba boholong a utloa hore ke tl’o sebetsa ntlong ea hae, ha aa ka a isa mora oa hae ea lilemo li tšeletseng kereche. E ne e le taba e qabolang: hore “motlōli oa molao ea kotsi ka ho fetisisa” a qete letsatsi lohle a le mong ka tlung a setse le ngoana ea lilemo li tšeletseng! Ho hlakile hore ho ne ho se le ea mong ea lumelang hore ke sekebekoa, ho se ho sa thoe letho ka se “kotsi ka ho fetisisa.”
Butle-butle, barab’abo rōna bohle ba kampong eo re neng re le ho eona ba ile ba lokolloa. Ka 1974, e ne e le ’na feela Paki e setseng kampong eo. Ke ile ka lula moo ka lilemo tse fetang tse supileng ho fihlela ke lokolloa ka August 1981. Jehova o ile a tsoela pele ho ntšehetsa moeeng. Joang? Lilemong tseo tse supileng, ke ne ke fumana Molula-Qhooa e le lengolo. Mora e mong oabo rōna o ne a nthomella mangolo ana kamehla, a neng a e-na le lihlooho tse ngotsoeng ka makhethe tsa limakasine tse ncha. Ka linako tsohle, mohlahlobi oa lingoliloeng tse kenang kampong o ne a mpha lengolo le seng le ntse le butsoe. ’Na le eena re ne re tseba hantle hore na lengolo leo le bua ka eng. Ho tla fihlela lena le holimo, ke ntse ke sa tsebe hore na ke eng e neng e mo susumelletsa hore a ipehe kotsing e kaalo, empa kea thaba hore ebe o ile a sebetsa moo ka lilemo tseo tse supileng kaofela. Empa eo ke mo lebohang ka ho fetisisa ke Jehova. Lilemong tseo tsohle, ke ile ka ithuta ho tšepa Jehova ’me o ile a mpha matla.—1 Pet. 5:7.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 168, 169]
Ha Ntoa e Lala, ke Ile ka Khutlela Russia
ALEKSEY NEPOCHATOV
O HLAHILE KA 1921
O KOLOBELITSOE KA 1956
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a ithuta ’nete kampong ea mahloriso ea Buchenwald ka 1943 a ba a qeta lilemo tse 19 a koaletsoe chankaneng Russia. O ile a qeta lilemo tse fetang 30 e le pula-maliboho oa kamehla ’me boholo ba nako eo e ne e le ha mosebetsi o ntse o thibetsoe.
HA Aleksey a le lilemo li 20, o ile a isoa kampong ea mahloriso ea Auschwitz, Jeremane ea Bonazi. Hamorao o ile a isoa kampong ea Buchenwald, moo a ileng a ithuta ’nete teng. Nakoana pele a lokolloa, barab’abo rōna ba babeli ba batlotsuoa ba ile ba re ho eena: “Aleksey, ho ka ba molemo hore ha ntoa e lala u khutlele Russia. Ke naha e sabaletseng e hlileng e hlokang bakotuli ba eketsehileng. Hoa nyolosetsa moo, kahoo tiea pelo u ikemisetse ho tobana le liteko tsohle tsa tumelo. Re tla lula re ntse re u rapella re bile re rapella le ba u mamelang.”
Mabrithani a ile a lokolla Aleksey ka 1945. O ile a khutlela Russia moo kapele-pele a ileng a ahloleloa ho hlola lilemo tse leshome chankaneng ka lebaka la ho hana ho vouta. Ha a ngola o re: “Qalong, e ne e le ’na feela Paki chankaneng eo. Ke ile ka kōpa Jehova hore a ntataise ke fumane linku ’me ka mor’a nakoana re ne re se re le 13! Nakong ena eohle, re ne re se na lingoliloeng tsa Bibele. Re ne re kopitsa litemana libukeng tsa lipale tseo re neng re li alima laebraring ea chankana.”
Aleksey o ile a qeta kahlolo ea hae ea lilemo tse leshome chankaneng. Ha a lokolloa o ile a fallela moo a neng a tseba hore batho ba bangata ba lumela ho Jesu. O re: “Batho ba ne ba lapile moeeng. Ba ne ba tla ho ’na bosiu le motšehare, ba e-na le bana ba bona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e utloa ba ne ba e netefatsa ka ho hlahloba Bibele.”
Lilemonyana hamorao, Aleksey o ile a thusa batho ba fetang 70 hore ba kolobetsoe. E mong oa bona ke Maria, eo e ileng ea e-ba mosali oa hae. O re: “Ma-KGB a ne a ntse a mpatla. Ke ile ka tšoaroa eaba ke ahloleloa ho hlola lilemo tse 25 chankaneng. Ka mor’a moo ma-KGB a ile a tšoara Maria. Pele nyeoe ea Maria e qala, o ile a qeta likhoeli tse supileng a koaletsoe a le mong ka seleng. Lefokisi le ile la re le tla mo lokolla hang-hang haeba a ka latola Jehova. Maria o ile a hana. Lekhotla le ile la mo ahlolela ho hlola lilemo tse supileng likampong tsa mosebetsi o boima. Morali e mong oabo rōna o ile a nka moralinyana oa rōna ’me a mo hōlisa.”
Aleksey le Maria ba ile ba lokolloa ba e-s’o qete kahlolo ea bona. Ba ile ba fallela Lebatooeng la Tver’. Ha ba le moo, ba boholong hammoho le batho ba motse ba ile ba ba hanyetsa ka matla ’me moahelani e mong oa bona o ile a chesa ntlo ea bona. Lilemong tse ileng tsa latela, ba ile ba tlameha ho falla ka makhetlo a mangata; empa kae kapa kae moo ba neng ba fihla teng, ba ne ba etsa barutuoa ba bacha.
Aleksey o re: “Lilemong tsa ha re ntse re le chankaneng, re ne re sa khone ho bala Lentsoe la Molimo. Haesale ho tloha ka nako eo, re ipehetse pakane ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. ’Na le Maria re se re balile Bibele eohle ka makhetlo a fetang 40. Lentsoe la Molimo ke lona le entseng hore re be matla re be re chesehe tšebeletsong.”
Ka kakaretso, Aleksey o qetile lilemo tse ’nè likampong tsa mahloriso tsa Manazi le tse 19 lichankaneng le likampong Russia. Lilemong tse 30 tseo a li qetileng e le pula-maliboho, eena le mosali oa hae ba ile ba thusa batho ba bangata hore ba tsebe Jehova ba be ba mo rate.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 177, 178]
Lesole le ne le Opile Khomo Lenaka
REGINA KUKUSHKINA
O HLAHILE KA 1914
O KOLOBELITSOE KA 1947
PALE EA BOPHELO BA HAE Le hoja a ile a qeta lilemo tse ngata a sa kopane le phutheho, o ne a ntse a bolela litaba tse molemo ka botšepehi.
KA 1947, e mong oa Lipaki o ile a buisana le ’na ha ke le ’marakeng. Mantsiboeeng ao ke ile ka mo etela ha hae moo re ileng ra qeta lihora tse ’maloa re ntse re qoqa. Hang-hang ke ile ka etsa qeto ea hore ke tla sebeletsa Jehova ka cheseho joaloka eena! Ke ile ka re ho eena, “U ’moleli, le ’na ke tla ba ’moleli.”
Ka 1949 ha ke le L’viv, Ukraine, ke ile ka tšoaroa ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo eaba ke arohanngoa le monna oa ka le barali ba ka ba banyenyane. Lekhotla la baahloli ba bararo, le neng le sa lumelle batho ba ka thōko hore ba be teng nyeoeng, le ile la nkahlolela hore ke thunngoe ke sehlopha sa masole. Mosali eo e neng e le e mong oa baahloli bao ba bararo, o ile a mpalla kahlolo ea ka, eaba o eketsa ka ho re, “U ahloletsoe lefu, empa kaha u na le bana ba babeli, re entse qeto ea ho u bebofaletsa kahlolo, kahoo u tla hlola lilemo tse 25 chankaneng.”
Ke ile ka isoa seleng ea chankana eo ho neng ho koaletsoe banna feela ho eona. Ba ne ba se ba ntse ba tseba hore ke Paki ea Jehova. Ha ba utloa hore ke ahloletsoe lilemo tse 25, ba ile ba makala ha ba bona kamoo ke neng ke khobile matšoafo kateng. Ha ke ntšoa chankaneng eo, mohlankana e mong oa lesole o ile a ’neheletsa sephutheloana sa lijo eaba ka mosa o re ho ’na, “U se ke ua tšoenyeha; lintho li tla loka.”
Ke ile ka hoehla kampong e ’ngoe Russia leboea ho fihlela ka 1953. Ho ne ho e-na le baralib’abo rōna ba bangata ba koaletsoeng kampong eo, ba tsoang lirephabliking tse fapa-fapaneng tsa Soviet Union. Re ne re ratana joaloka bana ba motho.
Le hoja re ne re le basali, re ne re leka ho pakela ba bang ka boitšoaro ba rōna, kaha re ne re tšepa hore seo se tla ba susumelletsa ho sebeletsa Molimo. Re ne re qeta lihora tse ngata re sebetsa ka thata. Ke ile ka lokolloa kampong eo pele kahlolo ea ka e fela, empa ka iphumana ke le pulumo ea seema-nosi. Ke ile ka qeta lilemo tse hlano ke sa kopane le phutheho. Boemo bona bo ne bo le thata ho feta ho koalloa chankaneng. Esita le maemong ana, ke ne ke utloa hore ka linako tsohle Jehova o ntšehelitse ka lerato le sa feleng. Ke ne ke bala Bibele haholo ke bile ke nahanisisa ka seo ke se balang ’me sena se ile sa ’matlafatsa moeeng.
Jehova o ile a nthusa hore ke kopane le Lipaki ka tsela e sa tloaelehang. Ke ile ka bala sehlooho se seng koranteng ea Soviet Russia, se neng se nyefola barab’abo rōna ba Ossetia, Russia boroa-bophirimela. Sehlooho seo se ile sa re Lipaki Tsa Jehova li etsa lintho tse khahlanong le Masoviet. Se ile sa qolla ba bang ba bara le barali babo rōna ka lifane sa ba sa hatisa liaterese tsa bona. Ke ne ke thabile haholo! Ke ile ka ba ngolla ka ba bolella hore ke batla ho kopana le bona. Ha re kopana, bara bao babo rōna ba ile ba ntšehetsa haholo ba ba ba mpolella hore Jehova o lumeletse hore ho hatisoe sehlooho seo e le hore nka kopana le batho ba hae.
Hona joale, ke lilemo li 92. Ka sebele, lesole leo le mosa le ne le opile khomo lenaka. Ke ’nete hore ke ’nile ka ba le mathata bophelong, empa tsohle li ile tsa loka.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 188, 189]
Ho Tiisa ‘Lithakhisa Tsa Rōna Tsa Tente’ ka Hohle Kamoo re ka Khonang
DMITRY LIVY
O HLAHILE KA 1921
O KOLOBELITSOE KA 1943
PALE EA BOPHELO BA HAE E bile setho sa Komiti ea Naha Russia ka lilemo tse fetang 20 ’me hona joale ke moholo phuthehong e ’ngoe Siberia.
E NE e le ka 1944, likhoeli tse tšeletseng pele Ntoa ea II ea Lefatše e lala. Ke ne ke le ka pel’a moahloli oa sesole ka lekhotleng kahobane ke sa nke lehlakore joaloka Mokreste. Ke ile ka ahloleloa ho bolaoa ke sehlopha sa masole a thunyang, empa kahlolo eo e ile ea fetoloa hore e be lilemo tse leshome likampong tsa mosebetsi o boima.
Ka January 1945, ke ile ka isoa kampong e ’ngoe e Russia leboea motsaneng oa Pechora, Rephabliking ea Kimi. Kampong eo e neng e e-na le batšoaruoa ba makholo-kholo, ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba leshome. Ka bomalimabe ke ile ka amohuoa Molula-Qhooa o le mong feela oo ke neng ke e-na le oona, eaba re sala re se na lijo tsa moea. Ke ne ke felile hoo ke neng ke sa khone ho sebetsa ho hang. Ha re ntse re itlhatsoa ka kamoreng eo ho itlhatsoetsoang ho eona, mor’abo rōna e mong o ile a mpolella hore ekare ke se ke le masapo feela. Ka sebele ke ne ke otla pelo hoo ke ileng ka isoa tleleniking ea kampo e Vorkuta.
Ka mor’a nakoana, ke ile ka tiea-tiea ka ba ka isoa moo ho chekoang lehlabathe. Le pele khoeli e fela, ke ne ke se ke boetse ke le masapo feela. Ngaka e ne e nahana hore ke fa batho ba bang lijo e le hore ba mphe koae, empa ke ile ka e bolella hore ke Paki ea Jehova ’me ha ke tsube. Ke ile ka qeta nako e fetang lilemo tse peli kampong eo. Le hoja e ne e le ’na feela Paki, ka linako tsohle ho ne ho e-na le batho ba labalabelang ho utloa ’nete ’me ba bang ba bona ba ile ba amohela litaba tse molemo.
Ka lekhetlo le leng beng ka ’na ba ile ba nthomella Molula-Qhooa o ngotsoeng ka letsoho. Kaha mohlokomeli o ne a phenyekolla sephutheloana se seng le se seng ka hloko, Molula-Qhooa oo o ile oa fihla joang ho ’na? Maqephe a oona a ne a mennoe habeli ’me a kentsoe ka tlaase-tlaase ka lekotikoting le nang le karolo e patehileng a bile a koahetsoe ka mafura a mangata. Mohlokomeli oa chankana o ile a phunya lekotikoti leo empa ha aa ka a fumana letho le belaetsang, kahoo o ile a mpha lona. Ka nakoana mohloli ona oa “metsi a phelang” o ile oa nthusa haholo.—Joh. 4:10.
Ka October 1949, ke ile ka lokolloa pele kahlolo ea ka e fela, kahoo ka November ke ile ka khutlela haeso Ukraine. Re ile ra utloa hore barab’abo rōna ba ’maloa ba il’o ngolisa mosebetsi oa rōna Moscow, empa ho ne ho bonahala eka ba boholong ha baa ikemisetsa ho amohela Lipaki Tsa Jehova ka molao Soviet Union.
Bosiung ba la 8 April, 1951, re ile ra palamisoa terene hammoho le malapa a mang a Lipaki Tsa Jehova eaba re isoa Siberia. Ka mor’a libeke tse peli re ile ra fihla ka hare-hare ho Siberia, motseng oa Khazan, Lebatooeng la Irkutsk.
Re ile ra ameha maikutlo haholo ha re nahana ka mantsoe a hlahang lengolong la Esaia 54:2, a reng: “Lelefatsa lithapo tsa hao tsa tente, ’me u tiise lithakhisa tsa hao tsa tente.” Ho ne ho bonahala eka re phethahatsa boprofeta bona. Ke mang ho rōna ea neng a ka ithaopela ho fallela Siberia? Ke ne ke nahana hore re lokela ho tiisa lithakhisa tsa rōna tsa tente ka hohle kamoo re ka khonang kateng. Kahoo, ke se ke qetile lilemo tse fetang 55 Siberia.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 191, 192]
Ha ho Mohla Nkileng ka ba le Ntlo ea Ka
VALENTINA GARNOVSKAYA
O HLAHILE KA 1924
O KOLOBELITSOE KA 1967
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a qeta lilemo tse 21 lichankaneng le likampong tsa mosebetsi o boima ’me tse 18 tsa tsona ke tseo a li qetileng pele a kolobetsoa. Pele a hlokahala ka 2001, Valentina o ne a se a thusitse batho ba 44 ho ithuta ’nete.
’NA LE ’Mè re ne re lula Belarus bophirimela. Ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova ka February 1945. Mora e mong oabo rōna o ile a tla lapeng ka makhetlo a mararo feela ho tla tšohla le rōna seo Bibele e se buang. Le hoja ke sa ka ka hlola ke mo bona, ke ile ka qala ho pakela baahelani le batho bao ke ba tsebang. Ba boholong ba ile ba ntšoara, eaba ba nkahlolela ho hlola lilemo tse robeli likampong. Ba ile ba nkisa Lebatooeng la Ulyanovsk.
Ha ke le kampong eo, ke ne ke lula ke shebile batšoaruoa ba bang ke bile ke mamela meqoqo ea bona, ke tšepile hore ke tla kopana le e mong oa Lipaki Tsa Jehova moo. Ka 1948, ke ile ka utloa motšoaruoa e mong oa mosali a bua ka ’Muso oa Molimo. Lebitso la hae e ne e le Asya. Ke ile ka thaba haholo ha ke buisana le eena ka litaba tsa moea. Ka mor’a nakoana barali ba bang babo rōna ba bararo ba ile ba tlisoa kampong eo. Kaha re ne re e-na le lingoliloeng tse fokolang haholo, re ne re leka ka hohle hore re qete nako e ngata re le ’moho.
Ka 1953 ke ile ka lokolloa, empa ka mor’a lilemo tse tharo ka tšoaroa ka lebaka la boboleli ’me ka fuoa kahlolo ea lilemo tse leshome. Ka 1957 ke ile ka isoa kampong ea Kemerovo, moo ho neng ho e-na le baralib’abo rōna ba ka bang 180. Re ne re lula re e-na le lingoliloeng tsa Bibele. Mariha re ne re li pata lehloeng, lehlabula teng re li pata ka har’a joang kapa fatše. Ha ho phenyekolloa, ke ne ke pata lingoliloeng matsohong ebe ke apara tjale ’me ke tšoara liqola tsa eona. Ha ke tloha kampong e ’ngoe ke ea ho e ’ngoe, ke ne ke roala kepisi eo ke ithōketseng eona, ebe ke kenya Melula-Qhooa e ’maloa ka har’a eona.
Qetellong ke ile ka isoa kampong e ’ngoe Mordvinia. Kampong eo ho ne ho e-na le Bibele, e neng e patiloe moo ho sireletsehileng. Re ne re khona ho e bala feela ha morali’abo rōna ea e hlokomelang a le teng. Ke ne nkile ka bona Bibele hanngoe feela ha e ne e tšoeroe ke mora eloa oabo rōna ea ileng a mpakela ka lekhetlo la pele ka 1945.
Ha ke lokolloa ka 1967, ke ile ka fallela Angren, Uzbekistan. Ke hona moo ke ileng ka khona ho tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. E ne e le lekhetlo la pele ke kopana le barab’abo rōna ho tloha ha ke ne ke qala ho eteloa, etsoe ke qetile nako ke le likampong tsa mosebetsi o boima tsa basali. Bara le barali babo rōna kaofela ka phuthehong ba ne ba le mafolofolo tšebeletsong ’me kapele-pele ke ile ka qala ho ba rata. Ka January 1969, barab’abo rōna ba robeli le baralib’abo rōna ba bahlano ba ile ba tšoaroa phuthehong ea heso ka lebaka la boboleli ’me ke ne ke le e mong oa bona. Ke ile ka ahloleloa ho hlola lilemo tse tharo chankaneng kahobane ho thoe ke “motlōli oa molao ea kotsi ka ho fetisisa.” Ka makhetlo-khetlo ke ile ka koalloa ke le mong ka seleng ka lebaka la boboleli.
Ke ne ke khannela batho ba thahasellang thuto ea Bibele re ikhurumelitse ka kobo. Re ne re thibetsoe ho buisana ha re ntse re otlolla maoto. Ha re ne re ka fumanoa re ntse re bua, re ne re fuoa kotlo ea hore re isoe seleng eo motho a koalloang a le mong ho eona. Re ne re sebelisa lingoliloeng tse kopilitsoeng ka letsoho feela, tseo re neng re li kopitsa khafetsa.
Ha ho mohla nkileng ka ba le ntlo ea ka. Thepa ea ka kaofela e ne e fella ka sutuk’heiseng e le ’ngoe, empa ke ne ke thabile ke bile ke khotsofetse ha ke sebeletsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 200, 201]
Lefokisi le Ile la ’Matlafatsa Moeeng
PAVEL SIVULSKY
O HLAHILE KA 1933
O KOLOBELITSOE KA 1948
PALE EA BOPHELO BA HAE Le hoja ka makhetlo- khetlo ba boholong ba ile ba leka ho mo ruta likhopolo tsa Masoviet, hona joale ke moholo phuthehong e ’ngoe, Russia.
KA 1958, ke ile ka tšoaroa ka lebaka la ho etsa lintho tse amanang le bolumeli. Lesole le neng le nkisa tereneng, le ile la re, “Sheba mosali oa hao la ho qetela hobane u ke ke ua hlola u mo bona.”
Ha ke fihla Irkutsk, ke ile ka kenngoa ka seleng e etselitsoeng feela hore motho a eme ka har’a eona. Ka mor’a mona ke ile ka qeta likhoeli tse tšeletseng ke koaletsoe ke le mong ka seleng pele ho nyeoe. Ha mafokisi a ne a ntlhoma lipotso har’a bosiu, a ne a etsa sohle seo a ka se khonang ho thefula tumelo ea ka Bibeleng le tšepo ea ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo. A ne a nqosa ka hore ke kentse letsoho mesebetsing ea Lipaki Tsa Jehova e sa lumelloeng ke molao. Ka linako tse ling a ne a nkotla, empa mokhoa o ka sehloohong oo a neng a o sebelisa e ne e le oa ho leka ho nkhatella hore ke lumellane le likhopolo tsa ’ona. Ke ne ke kōpa Jehova hore a mphe matla a hore ke eme ke tiile. Kamehla o ne a ntšehetsa.
Ka lekhetlo le leng ha lefokisi le ntse le ntlhoma lipotso joaloka mehleng, le ile la mpitsetsa ka ofising ea lona eaba le re: “Joale re tla u bontša hore na mokhatlo oa lōna o etsa’ng. U tla bona hore na ke mosebetsi oa Molimo kapa che!”
Eaba le ncheba ka mahlo a nchocho le re: “Ho ne ho e-na le batho ba 253 000 kopanong ea lōna e neng e tšoaretsoe mabaleng a mabeli a lipapali New York selemong sena. Ha u nahana kamoo e neng e le khōlō kateng, ho hlakile hore ha ho kamoo le neng le ka tšoara kopano e kaalo kantle ho thuso ea ma-CIA. Kopano eo e ile ea nka matsatsi a robeli. Baeti ba neng ba tlile ho eona ba ne ba tsoa linaheng tse sa tšoaneng, ba tsamaea ka lifofane, ka literene, ka likepe le ka lipalangoang tse ling. Le ne le ka khona ho etsa seo sohle joang kantle le thuso ea ba boholong? Ke mang ea neng a ka lefella kopano e tšoaretsoeng mabaleng a lipapali a maholo hakaalo ka matsatsi a robeli?”
Eaba lefokisi leo le tlatsa lifoto tafoleng. Fotong e ’ngoe ke ile ka bona baeti ba thabileng ba apereng liaparo tsa sehahabo bona tse mebala-bala ba hakane. Fotong e ’ngoe e ne e le Mor’abo rōna Knorr a fana ka puo, tse ling e le tsa kolobetso, athe tse ling e ne e le tsa Mor’abo rōna Knorr ha a fa batho ba kolobelitsoeng buka ea “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng.” Re ne re e-s’o fumane buka ena, empa re ile ra bala ka eona hamorao Molula-Qhooeng. Lefokisi leo le ile la ncheba ka har’a thaka tsa mahlo, eaba le re: “Buka ee e bua ka eng? E bua ka morena oa leboea le hore na ho tla etsahala’ng ka eena. Lipaki Tsa Jehova li ne li ka khona ho hlophisa ntho e tjee joang ho se na motho ea li thusang? Rea tseba hore masole a Amerika a tla meketeng e kang ena hore a tl’o ithuta maqiti a sesole ho lōna. Ebile rea tseba hore ho na le sekhorane se seng se nehelaneng ka matsebetsebe a lichelete hore ho tšoaroe kopano ena. Likhorane ha li tsamaee li ntse li hafotsa chelete feela mahala!”
Ka nako eo, lefokisi leo le ne le sa tsebe hore na ke ikutloa joang. E ne eka ke kopanong le hoja ke ne ke ntse ke le chankaneng. Ke ile ka boela ka ikutloa ke matlafetse. Ka sebele seo ke sona seo ke neng ke hlile ke se hloka! ’Me Jehova o ile a ntlhohonolofatsa haholo ka tsela e khethehileng. Joale ke ne ke loketse ho mamella lintho tse ling tse ka hlahang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 214, 215]
Sebaka Seo ho Shebelloang Lifilimi ho Sona se ne se Tletse Lipaki Tsa Jehova
VENERA GRIGORYEVA
O HLAHILE KA 1936
O KOLOBELITSOE KA 1994
PALE EA BOPHELO BA HAE O ne a hlaha litšoantšisong lilemong tsa bo-1960 ’me o ile a bapala filiming e ’ngoe e bontšang mashano a Masoviet. E bile pula-maliboho oa kamehla St. Petersburg ho tloha ka 1995.
HA KE qala ho bapala litšoantšiso ka 1960, ke ile ka khetheloa ho ba sebapali se ka sehloohong filiming e ’ngoe ea histori e bitsoang God’s Witnesses, e neng e bapaloa moo ho bontšoang lifilimi teng Soviet Union. Filimi eo e ne e bontša “lequloana le tšosang la Lipaki Tsa Jehova,” le neng le ikarabella lefung la khalala e bitsoang Tanya ’me khalala eo e ne e le ’na. Ho ea ka tšoantšiso eo, ha Tanya a phonyoha ho “lequloana” leo bosiu, o kena ka har’a sefefo se matla ha lehloa le ntse le khetheha a sa apara jase. O nyamela har’a lehloa ’me ka pelo e bohloko mohlalosi o re, “Eaba ho felile ka Tanya Veselova.” Ke ne ke rata tšoantšiso eo ke bile ke ikutloa ke le motlotlo ho kenya letsoho letšolong la ho loantša Lipaki Tsa Jehova, le hoja ke ne ke sa tsebe letho ka tsona haese feela seo ke se balileng tšoantšisong eo.
Filimi eo e ile ea bapaloa moo ho bontšoang lifilimi teng le mehahong ea boithabiso metseng e mengata e meholo Soviet Union. Ke ne ke e-ba teng nako le nako ha filimi eo e bontšoa sebakeng se secha ebe ha filimi e fela ke hlaha sethaleng. Ka nako eo Masoviet a ne a lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e bonang filiming. Kahoo ha ke hlaha sethaleng, bashebelli bohle ba ne ba utloa ho re kokololo! ebe ba re, “O ntse a phela!” Ka mor’a moo ke ne ke hlalosa hore na filimi eo e entsoe joang le hore na motsamaisi oa eona hammoho le batho ba hlophisang molumo le mabone a sebelisoang lifiliming ba entse joang hore ho bonahale eka ho na le sefefo se ntahlelang ka khohlong ebe ka mor’a moo ke pupetsoa ke lehloa.
Ka lekhetlo le leng eitse ha ke le Vyshniy Volochek, Lebatooeng la Kalinin (eo joale e seng e le Tver’), batho ba ne ba tletse tsoete! moo ho shebelloang lifilimi teng, empa mantsiboeeng ao lintho ha lia ka tsa tsamaea joaloka mehleng. Ha filimi eo e fela, monna-moholo e mong o ile a mpotsa lipotso tse amanang le bolumeli feela eaba ke buella thuto ea hore Molimo hase eena mohloli oa bophelo mona lefatšeng. Ha ho le ea mong oa bamameli ea ileng a bua ka filimi eo. Ha ke fihla ka mor’a sethala, ke ile ka ea ho motho ea hlophisitseng hore ho bontšoe filimi eo eaba ke re, “Motho eo ke qetang ho bua le eena hona joale tjee ke mang?”
Eaba o re: “Ke mookameli oa lequloana la Lipaki Tsa Jehova. Batho ba tletseng mona kaofela ke Lipaki.” Ke kamoo ke ileng ka kopana le Lipaki Tsa Jehova kateng, le hoja ke ne ke sa hlokomele. Ka mor’a moo, ke ne ke batla ho bala Bibele empa ha kea ka ka e fumana. Ke ile ka nyaloa ke monna oa Lepolishe eaba re fallela Poland. Ka 1977 barali ba bang babo rōna ba babeli ba ile ba fihla moo re lulang teng ’me kapele-pele ka qala ho ithuta Bibele le bona. Ke ile ka rata Bibele, kahoo ’na le monna oa ka ra ba metsoalle ea Lipaki. Ka 1985, Ntate o ile a kula eaba ’na le monna oa ka re ea Leningrad (eo hona joale e seng e le St. Petersburg) e le hore re e’o ba haufi le eena. Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ke fumane Lipaki Tsa Jehova moo.
Qetellong ke ile ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke se ke qetile lilemo tse 12 ke le pula-maliboho oa kamehla ’me monna oa ka, Zdzisław, ke mohlanka ea sebeletsang phuthehong e ’ngoe, St. Petersburg.
Ke iponetse ka bonna hore “ka mano a ho qapa phoso” bo-ralifilimi ba ka khelosa batho ba bangata. (Baef. 4:14) Ha ke ntse ke bapala filiming eo e neng e jala mashano a Masoviet, le ka mohla ke ne ke sa nahane hore lilemo tse 30 hamorao ke tla be ke se ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 237]
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Serussia
E se e le lilemo tse fetang lekholo Lipaki Tsa Jehova li sebelisa liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Libibele tsa Serussia. E ’ngoe ke phetolelo ea sinoto. Le hoja phetolelo eo e ngotsoe ka puo ea khale ’me lebitso la Molimo le hlaha ngope-setšoha ho eona, e thusitse batho ba likete-kete ba balang Serussia hore ba utloisise morero oa Molimo. Phetolelo ea Makarios, e sebelisang lebitso la Molimo ka makhetlo a ka bang 3 000, le eona e bile molemo. Empa ha palo ea Lipaki e ntse e hōla Russia, ho ile ha hlokahala hore ho be le phetolelo ea Bibele e nepahetseng, e hlakileng e bileng e sebelisang puo ea morao-rao.
Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e be teng ka Serussia. Lekala la Russia le ile la nka lilemo tse fetang leshome le etsa mosebetsi ona o moholo oa phetolelo.
Ka 2001, ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Serussia. Ka 2007, lefatšeng lohle batho ba balang Serussia ba ile ba thaba ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e lokolloa ka Serussia. Phetolelo ena e ncha e ile ea lokolloa ka lekhetlo la pele ke litho tsa Sehlopha se Busang, e leng Theodore Jaracz, kopanong ea St. Petersburg le Stephen Lett, kopanong ea Moscow. Ho ile ha luma ha bamameli ba hlaba litlatse. Hang-hang bohle ba ile ba tsoha molota. Ha morali e mong oabo rōna a ngola, o ile a re: “E ngotsoe ka puo e hlakileng le e utloahalang hakaakang! Joale Mangolo a Halalelang a se a baleha hamonate.” Ba bangata ba ile ba leboha mokhatlo o hlophisitsoeng ka mantsoe a reng: “Ruri ena ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Jehova!” le a reng, “Re le leboha ho tsoa botebong ba pelo.” Ha ho pelaelo hore ho lokolloa ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Serussia e bile bohato ba bohlokoa ho batho ba ratang ’nete ba buang Serussia kae kapa kae moo ba leng teng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 244, 245]
Mathata a Rōna a Ile a Rarolloa ka Letsatsi le le Leng
IVAN LE NATALIA SLAVA
IVAN O HLAHILE KA 1966 NATALIA KA 1969
BA KOLOBELITSOE KA 1989
PALE EA BOPHELO BA BONA Ha ba sa ntse ba bula maliboho, ba ile ba fallela moo ho hlokahalang basebetsi ba eketsehileng. Hona joale Ivan ke setho sa Komiti ea Lekala, Russia.
’NA LE Natalia re ile ra tloha Ukraine eaba re fallela Russia mathoasong a selemo sa 1990. Lebatooeng la Belgorod, le neng le e-na le baahi ba ka bang milione le halofo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka tlaase ho leshome. Ho ne ho se pelaelo hore mona “kotulo e [ne e le] khōlō, empa basebetsi [ba se] bakae.”—Mat. 9:37.
Re ne re sa tsoa nyalana, kahoo re ile ra lokela ho fumana mosebetsi oa boipheliso. Leha ho le joalo, maemo a moruo ka har’a naha a ile a mpefala eaba batho ba bangata ba felloa ke mesebetsi. ’Muso o ne o fa batho litekete tsa lijo mosebetsing hore ba khone ho fumana lijo tseo ba hlileng ba li hlokang. Kaha re ne re sa sebetse, re ne re se na litekete tseo. Kahoo, re ne re tlameha ho reka lijo ka chelete e ngata ’marakeng. Hape ha rea ka ra fumana bolulo, kahoo re ile ra lula hoteleng. Ka mor’a hore re lefelle ho lula hoteleng ka matsatsi a 20, re ile ra sala re se na chelete. Re ne re rapela Jehova letsatsi le leng le le leng re kōpa hore a re thuse re fumane mosebetsi le sebaka sa bolulo se sa bitseng chelete e ngata. Nakong ena eohle, re ne re ntse re bolela litaba tse molemo ka mafolofolo, re batla batho ba ratang ’nete. Eaba letsatsi la ho qetela la ho lula hoteleng lea fihla. Re ile ra reka bohobe le lebese ka chelete ea ho qetela eo re neng re e-na le eona. Ha re il’o robala mantsiboeeng ao, re ile ra boela ra kōpa Jehova ka tieo hore a re thuse re fumane mosebetsi le bolulo hobane hoseng ho hlahlamang re ne re tlameha ho tsoa hoteleng.
Hoseng re ile ra tsosoa ke fono. Re ile ra makala ha motsamaisi oa hotele a re mora oa ’Mangoane o nkemetse moo baeti ba fihlelang teng. O ile a mpha chelete, a re o sa tsoa fuoa litsiane tse ngatanyana mosebetsing ’me o batla ho mpha bonyane bo itseng. Empa e ne e se hoo feela. Ka mor’a metsotsoana, mora e mong oabo rōna o ile a re letsetsa ’me a re o re fumanetse folete e sa bitseng haholo. Ho phaella moo, hona mohlang oo re ile ra fuoa mosebetsi oa ho hloekisa serapa kerecheng e ’ngoe. Kahoo, mathata a rōna a ile a rarolloa ka letsatsi le le leng. Re ne re e-na le chelete, re e-na le bolulo, re bile re fumane mosebetsi. Ho ne ho se pelaelo hore Jehova o utloile lithapelo tsa rōna.
Ka 1991 ho ne ho e-na le batho ba 55 Sehopotsong, Belgorod; selemong se latelang ha e-ba le ba 150. Selemong se hlahlamang ha e-ba le ba 354. Ka 2006, motse oo o ne o se o e-na le liphutheho tse tšeletseng ’me ho e-na le bahoeletsi ba fetang 2 200 Lebatooeng la Belgorod.
[Lebokose le leqepheng la 250]
Liketsahalo Tsa Morao-rao Litabeng Tsa Molao
Ka January 2007, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) le ile la tiisa hore re na le tokelo ea ho ntšetsa borapeli ba rōna pele re sa sitisoe ke ’muso ’me ha le liha kahlolo e re emelang, ka ntsoe-leng le ile la bontša hore ‘ho kopana ha Lipaki Tsa Jehova ka morero oa ho ithuta le ho tšohla litaba tsa bolumeli ke tsela e amohelehang eo li rapelang ka eona le eo li rutang ka eona.’
Le hoja mosebetsi oa bona o ile oa thibeloa ka molao motseng oa Moscow ka 2004, barab’abo rōna ba ntse ba tšoara liboka tsa borapeli phatlalatsa ba bile ba kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ka hohle kamoo ba ka khonang. Ka 2007 barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo hobane ba ile ba tšoara Sehopotso le likopano tsa setereke Moscow ho se tšitiso ea letho ’me ho ile ha e-ba joalo le libakeng tse ling ho pholletsa le Russia.
Le hoja barab’abo rōna ba ntse ba thulana le mathata litabeng tsa molao, ba tsoela pele ho nka bohato ba ho itšireletsa ha ba hanyetsoa. Ka mohlala, ba ile ba ipiletsa ho ECHR mabapi le ketsahalo eo ho eona Lefapha la Sepolesa la Lyublino le ileng la qhala Sehopotso Moscow ka la 12 April, 2006. Mapolesa a ile a koalla barab’abo rōna ba 14 a ba a tšosa ’muelli oa bona oa molao ka hore a tla mo hlaba ka thipa. Le hoja lekhotla la moo le ile la liha kahlolo e emelang barab’abo rōna, eitse ha ho etsoa boipiletso ka lekhotleng le phahameng eaba lekhotla le phahameng le fetola qeto eo ’me barab’abo rōna ba hlōloa ke nyeoe. Ho feta moo, ka July 2007 ba ile ba isa tletlebo ea bona ka lekhotleng ka liketso tsa ba bang ba boholong ba ’nileng ba etsa lipatlisiso tse nkileng nako e telele tse seng molaong mabapi le mosebetsi oa rōna oa bolumeli St. Petersburg.
[Chate/Krafo leqepheng la 228-230]
LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA—Russia
1890
1891 Semyon Kozlitsky o lelekeloa karolong e ka bochabela ea ’Muso oa Russia ka lebaka la ho bolela ka sebete.
1904 Lekala la Jeremane le fumana mangolo a tsoang Russia a batho ba lebohang lingoliloeng tsa Bibele.
1910
1913 ’Muso oa Russia o ela hloko ofisi ea Liithuti Tsa Bibele e Finland, e leng sebaka se neng se le tlas’a Russia.
1923 Mokhatlo oa Watch Tower o qala ho fumana mangolo a mangata a kōpang hore ho romeloe lingoliloeng tsa Bibele Russia.
1928 Moscow, George Young o kōpa hore mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele o lumelloe Russia. Ba boholong ba hana ho mo ekelletsa matsatsi a ho lula ka har’a naha.
1929 Ho saenoa tumellano le seteishene sa seea-le-moea Tallinn, Estonia. Ho hasoa lipuo tsa Bibele seea-le-moeeng ’me li mameloa ke batho ba Leningrad le ba metseng e meng.
1930
1939-40 USSR e hapa Ukraine, Moldova le lirephabliki tsa Baltic. Ka tsela eo, Lipaki Tsa Jehova tse likete-kete li iphumana li se li le ka har’a naha ea USSR.
1944 Lipaki tse makholo li isoa literonkong le likampong tsa mosebetsi e boima ho pholletsa le Russia.
1949 Lipaki Tsa Jehova tsa Moldova li lelekeloa Siberia le Bochabela bo Hōle.
1950
1951 Lipaki tse fetang 8 500 tsa Ukraine bophirimela, Belarus, Latvia, Lithuania le Estonia li lelekeloa Siberia.
1956/57 Batho ba tlileng likopanong tsa setereke tse 199 lefatšeng ka bophara ba kōpa ’muso oa Soviet Union hore o lumelle tokoloho ea bolumeli.
Qetellong ea lilemo tsa bo-1950 Lipaki tse fetang 600 li aroloa ho batho ba bang kampong e khethehileng ea mosebetsi o boima Mordvinia.
1965 ’Muso oa Soviet Union o ntša taelo e khethehileng e lumellang batho ba lelekiloeng hore ba tlohe Siberia. Lipaki tse leleketsoeng Siberia lia qhalakana ’me li lula libakeng tse fapa-fapaneng ka har’a naha.
1970
1989-90 Ka lekhetlo la pele litho tsa Sehlopha se Busang li kopana le barab’abo rōna ba Russia. Lipaki tse tsoang USSR li ea likopanong tse khethehileng Poland.
1990
1991 Ka la 27 March, Lipaki Tsa Jehova li amoheloa ka molao Russia.
1992/93 Ho tšoaroa likopano tsa machaba St. Petersburg le Moscow.
1997 Ho neheloa lekala la Russia motseng oa Solnechnoye, o haufi le St. Petersburg.
1999 Ho neheloa Holo ea pele ea Kopano, Russia, St. Petersburg.
2000
2003 Mosebetsi oa ho atolosa lekala oa phethoa.
2007 Russia ho na le liphutheho le lihlopha tse ka thōko tse fetang 2 100 tse nang le bahoeletsi ba mafolofolo.
[Krafo]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
Kakaretso ea bahoeletsi linaheng tse 15 tseo e neng e le lirephabliki tsa U.S.S.R. ea mehleng
360,000
300,000
240,000
180,000
120,000
60,000
40,000
20,000
1890 1910 1930 1950 1970 1990 1990 2000
[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 218]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Makala a mang a ’nile a thusa ho tsamaisa lingoliloeng ka har’a naha
GERMANY FINLAND
↓ ↓
Solnechnoye
↓ ↓ ↓ ↓
BELARUS KAZAKHSTAN MOSCOW RUSSIA
JAPAN
↓
Vladivostok
↓
KAMCHATKA
[Limmapa leqepheng la 116, 117]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
ARCTIC CIRCLE
ARCTIC OCEAN
North Pole
Barents Sea
Kara Sea
Laptev Sea
East Siberian Sea
Chukchi Sea
Bering Strait
SWEDEN
NORWAY
DENMARK
COPENHAGEN
GERMANY
POLAND
Lodz
WARSAW
Baltic Sea
FINLAND
ESTONIA
LATVIA
LITHUANIA
BELARUS
Brest
UKRAINE
L’viv
MOLDOVA
Caspian Sea
KAZAKHSTAN
ASTANA
Kengir
UZBEKISTAN
TASHKENT
Angren
CHINA
MONGOLIA
ULAANBAATAR
CHINA
Sea of Japan
JAPAN
TOKYO
Hokkaido
Sea of Okhotsk
Bering Sea
RUSSIA
Petrozavodsk
St. Petersburg
Solnechnoye
Kaliningrad
Novgorod
Vyshniy Volochek
MOSCOW
Tula
Orel
Kursk
Voronezh
Udarnyy
Vladimir
Ivanovo
Nizhniy Novgorod
Syktyvkar
Ukhta
Pechora
Inta
Novaya Zemlya
Vorkuta
URAL MTS.
SIBERIA
Yekaterinburg
Naberezhnye Chelny
Izhevsk
Saratov
Volzhskiy
Stavropol’
Pyatigorsk
Mt. El’brus
Nal’chik
Nartkala
Beslan
Vladikavkaz
CAUCASUS MTS.
Astrakhan
Volga River
Tomsk
Novosibirsk
Kemerovo
Krasnoyarsk
Novokuznetsk
Ust’-Kan
Aktash
Biryusinsk
Oktyabr’skiy
Bratsk
Vikhorevka
Tulun
Central Khazan
Zima
Zalari
Usol’ye-Sibirskoye
Kitoy
Angarsk
Irkutsk
Lake Baikal
Kirensk
Khabarovsk
Vladivostok
Korsakov
Yuzhno-Sakhalinsk
Sakhalin
Yakutsk
Oymyakon
Ust’-Nera
Kamchatka
Chukchi Peninsula
Kolyma River
Khayyr
Noril’sk
[’Mapa o leqepheng la 167]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Caspian Sea
Baltic Sea
Barents Sea
Kara Sea
ARCTIC OCEAN
North Pole
Laptev Sea
East Siberian Sea
Chukchi Sea
Bering Strait
Sea of Okhotsk
Sea of Japan
KAZAKHSTAN
CHINA
MONGOLIA
MURMANSK
PSKOV
TVER’
MOSCOW
BELGOROD
VORONEZH
ROSTOV
KABARDINO-BALKARIA
ALANIA
IVANOVO
NIZHEGOROD
MORDVINIA
ULYANOVSK
VOLGOGRAD
TATARSTAN
PERM’
KOMI REP.
URAL MTS.
SIBERIA
SVERDLOVSK
CHELYABINSK
KURGAN
TYUMEN’
OMSK
TOMSK
NOVOSIBIRSK
ALTAI
ALTAI REP.
KEMEROVO
KHAKASSIA REP.
KRASNOYARSK
TUVA REP.
IRKUTSK
BURYATIA
CHITA
SAKHA REPUBLIC
AMUR
KHABAROVSK
PRIMORSKIY KRAY
SAKHALIN
KAMCHATKA
[Setšoantšo se leqepheng la 66]
Ha letsatsi le chaba Hloahloeng ea Chukchi
[Litšoantšo tse leqepheng la 68]
Letšoao lena le ngotsoeng ka Sekazakh le ka Serussia, le supa motse oa Bukhtarma, Siberia, moo Semyon Kozlitsky a ileng a lelekeloa teng
[Litšoantšo tse leqepheng la 71]
Ba ha Herkendell ba ile ba qeta nako ea bona ea phomolo ea ka mor’a lechato ba thusa batho ba buang Sejeremane ba lulang Russia
[Litšoantšo tse leqepheng la 74]
Lengolo le neng le fa Kaarlo Harteva (ea ka letsohong le letona) matla a ho ba moemeli oa molao oa mokhatlo leo Lenģosa la ’Muso oa Russia le neng le le New York le ileng la le otla ka setempe sa ’muso
[Setšoantšo se leqepheng la 80]
Ka May 1925, kopanong ena ea Serussia e neng e tšoaretsoe Carnegie, Pennsylvania, ho ne ho e-na le batho ba 250 ’me ba 29 ba ile ba kolobetsoa
[Setšoantšo se leqepheng la 81]
Makasine ena e ile ea re: “Lebatooa la Voronezh le tletse maquloana”
[Setšoantšo se leqepheng la 82]
George Young
[Litšoantšo tse leqepheng la 84]
Hoo e ka bang ka lilemo tse leshome, Aleksandr Forstman o ile a fetolela lipampitšana, libukana le libuka ka Serussia
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Regina le Pyotr Krivokulsky, ka 1997
[Litšoantšo tse leqepheng la 95]
Olga Sevryugina e ile ea e-ba mohlanka oa Jehova ka lebaka la ‘mangolo’ a Pyotr ‘a faselelitsoeng majoeng’
[Litšoantšo tse leqepheng la 100]
Ivan Krylov
[Litšoantšo tse leqepheng la 101]
Lipaki tse lelekiloeng li ile tsa ikahela matlo Siberia
[Setšoantšo se leqepheng la 102]
Magdalina Beloshitskaya le lelapa la hae ba ile ba lelekeloa Siberia
[Setšoantšo se leqepheng la 110]
Viktor Gutshmidt
[Setšoantšo se leqepheng la 115]
Alla ka 1964
[Setšoantšo se leqepheng la 118]
Semyon Kostylyev kajeno
[Setšoantšo se leqepheng la 120]
Vladislav Apanyuk o ile a hlōla liteko tsa tumelo kahobane a ne a koetlisitsoe ka Bibele
[Litšoantšo tse leqepheng la 121]
Mapolesa a ile a fumana bukana e reng “After Armageddon—God’s New World” moo Nadezhda Vishnyak a lulang teng
[Setšoantšo se leqepheng la 126]
Boris Kryltsov
[Setšoantšo se leqepheng la 129]
Viktor Gutshmidt o na le khaitseli ea hae (ea ka holimo), barali ba hae le mosali oa hae Polina, hoo e ka bang khoeli pele a tšoaroa ka 1957
[Setšoantšo se leqepheng la 134]
Ivan Pashkovsky
[Setšoantšo se leqepheng la 136]
Ka 1959, makasineng ea “Crocodile” ho ile ha hatisoa setšoantšo sa lingoliloeng tsena tse ileng tsa fumanoa ka har’a furu
[Setšoantšo se leqepheng la 139]
Se seng sa libaka tsa khatiso tseo ma-KGB a ileng a li fumana ka 1959 se ne se le ka tlas’a ntlo ena
[Setšoantšo se leqepheng la 142]
Aleksey Gaburyak o ile a thusa ba neng ba qhalakane hore ba boele ba momahane
[Litšoantšo tse leqepheng la 150]
Thepa ea Maiketsetso ea Khatiso
Mochine oa khatiso oa “rotary”
“Paper press”
Mochine o khaolang pampiri
Seteipolara
[Setšoantšo se leqepheng la 151]
Stepan Levitsky, ea neng a khanna bese e kang terene, ka sebete o ile a buisana le motho ea hatisang
[Setšoantšo se leqepheng la 153]
Grigory Gatilov o ile a pakela ba bang bao a neng a koaletsoe le bona ka seleng chankaneng
[Litšoantšo tse leqepheng la 157]
Lipalesa tse telele li ne li sireletsa Lipaki hantle nakong ea ha li ithuta Bibele le ha li buisana ka eona
[Setšoantšo se leqepheng la 161]
“Molula-Qhooa” o kang bukana e nyenyane o ne o hlile o le mokana ka boholo
[Setšoantšo se leqepheng la 164]
“Taelo ea Komiti ea Tsamaiso ea Lekhotla le Phahameng le Etsang Melao la USSR”
[Setšoantšo se leqepheng la 170]
Barab’abo rōna ba ne ba pata “matlotlo” ka har’a lisutuk’heise tse nang le karolo e patehileng kapa ka har’a lisole tsa lirifi tsa bona
[Setšoantšo se leqepheng la 173]
Ivan Klimko
[Setšoantšo se leqepheng la 175]
“Melula-Qhooa” e mehlano kapa e tšeletseng e ngotsoeng ka mongolo o mosesaane o kang tepo ea sekho e ne e fella ka har’a lebokose la mollo
[Setšoantšo se leqepheng la 184, 185]
Lilemong tsohle tseo barab’abo rōna ba ileng ba li qeta kampong e ’ngoe Mordvinia, ha ho le ea mong oa bona ea ileng a fetoa ke Sehopotso
[Setšoantšo se leqepheng la 194]
Nikolai Gutsulyak o ile a pakela mosali oa molaoli oa kampo ka tsela e sa reroang
[Litšoantšo tse leqepheng la 199]
Likopano Tsa Machaba
Ka 1989, baeti ba tsoang Russia ba ile ba ea likopanong tse tharo tsa machaba Poland
Warsaw
Chorzow
Poznan
[Setšoantšo se leqepheng la 202]
Ka mor’a ho ngolisoa ka molao, ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona ke: Theodore Jaracz, Michael Dasevich, Dmitry Livy, Milton Henschel, motho ea sebetsang lekaleng la toka, Anany Grogul, Aleksey Verzhbitsky le Willi Pohl
[Litšoantšo tse leqepheng la 205]
Milton Henschel o fana ka puo Kopanong ea Machaba ea “Bajari ba Leseli” e neng e tšoaretsoe Lebaleng la Lipapali la Kirov, St. Petersburg, ka 1992
[Setšoantšo se leqepheng la 206]
Ho ile ha rekoa setša Solnechnoye, Russia
[Setšoantšo se leqepheng la 207]
Aulis le Eva Lisa Bergdahl ba ne ba le sehlopheng sa pele sa baithaopi ba ileng ba fihla Solnechnoye
[Setšoantšo se leqepheng la 208]
Hannu le Eija Tanninen ba ile ba abeloa ho ea St. Petersburg
[Setšoantšo se leqepheng la 210]
Roman Skiba o ile a tsamaea libaka tse telele e le molebeli oa setereke a e-na le mohats’ae Lyudmila
[Setšoantšo se leqepheng la 220]
Barab’abo rōna ba sebetsanang le lingoliloeng moo likepe li laeloang teng Vladivostok
[Setšoantšo se leqepheng la 224]
Arno le Sonja Tüngler ba ’nile ba thabela mesebetsi e mengata e khethehileng tšebeletsong ea Jehova Russia
[Setšoantšo se leqepheng la 226, 227]
Seboka sa phutheho se tšoaretsoeng morung haufi le St. Petersburg, ka 1989
[Setšoantšo se leqepheng la 238]
Ofisi ea lekala ea Russia e tsamaisa mosebetsi oa ho fetolela lingoliloeng ka lipuo tse fetang 40
[Setšoantšo se leqepheng la 243]
Sekolo sa pele sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se ileng sa tšoareloa St. Petersburg, ka June 1996
[Litšoantšo tse leqepheng la 246]
Ho Bolela Litaba Tse Molemo Russia
Masimong a Lebatooeng la Perm’ le motseng oa Nartkala
Literateng tsa St. Petersburg
Ka ntlo le ntlo Yakutsk
Limmarakeng tsa Saratov
[Litšoantšo tse leqepheng la 252, 253]
Lekala la Russia
Mehaho ea bolulo le lirapa tse e pota-potileng ha motho a li talima a le sefofaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 254]
Ka 2006 batho ba 23 537 ba ile ba e-ba teng kopanong ea setereke Moscow
[Setšoantšo se leqepheng la 254]
Lebala la Lipapali la Luzhniki