Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb09 maq. 142-255
  • Linaha Tsa Yugoslavia ea Mehleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Linaha Tsa Yugoslavia ea Mehleng
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
  • Lihloohoana
  • QALONG
  • “PHOTO-DRAMA” E BULA TSELA
  • BO-PULA-MALIBOHO BA EA TŠIMONG
  • LIPHEPHETSO TSA BOPULA-MALIBOHO
  • HO TŠELELA MACEDONIA
  • MOSEBETSI OA THIBELOA
  • HO KHETHA PAKENG TSA TOLSTOY LE JEHOVA
  • MAHLOMOLA A BAKOANG KE NTOA
  • BA TŠEPAHALA HO ISA LEFUNG
  • BA AHLOLELOA LEFU
  • LITEKO TSA BOTŠEPEHI
  • LI AMOHELOA KA MOLAO, LE HOJA E SE KA BOTLALO
  • “LE BE SELI JOALOKA LINOHA”
  • LIHOLO TSA ’MUSO TSA PELE
  • TLHOPHISO E NTLE E ETSA HORE HO BE LE KHŌLO EA MOEA
  • TSOELO-PELE E THABISANG MACEDONIA
  • RE BOKANA HAMMOHO RE LE BONNGOENG JEREMANE
  • BO-PULA-MALIBOHO BA YUGOSLAVIA BA KOALA SEKHEO
  • BA KOLOBELETSOA MASIMONG A RAESE
  • HO SEBELISA BOLOKOLOHI BO EKETSEHILENG KA BOHLALE
  • BARAB’ABO RŌNA BA BACHA BA EMA BA TIILE
  • KOPANO EA MACHABA E AMANG MAIKUTLO
  • MOTSE OA THIBELLOA
  • HO FUMANA LIJO TSA NAMA LE TSA MOEA
  • BA NE BA CHESEHA EMPA BA LE HLOKOLOSI
  • LELAPA LE TŠEPAHALANG
  • HO SE NKE LEHLAKORE HA BAKRESTE
  • LIPHALLELO LIA FIHLA
  • LEETO LE SA LEBALEHENG!
  • KA MOR’A HORE NTOA E LALE
  • LERATO LA BARA BA MOTHO NAKONG EA NTOA
  • MOLAETSA O MATLAFATSANG OA TŠEPO
  • BASEBETSI BA ITETSENG
  • “HA KE KHOLOE HORE KE PHETSE HO FIHLELA KE BONA LETSATSI LENA!”
  • MEHAHO E MECHA EA LEKALA LE LIHOLO TSA ’MUSO
  • MOSEBETSI OA ’MUSO O HATELA PELE KA POTLAKO
  • LINGOLILOENG LIA LEKANYETSOA
  • KAHO EA LIHOLO TSA ’MUSO
  • PHETOLELO EA LEFATŠE LE LECHA
  • HO TŠELELA MACEDONIA
  • HO PAKELA BAROMANI
  • “THUSO E MATLAFATSANG”
  • LIPHELLO TSE BOHLOKO TSA LITHEKO TSE PHAHAMENG HAHOLO
  • PHETOLELO EA BIBELE
  • KHANYETSO EA BOLUMELI EA TOTA
  • HO FETOLOA KE MONAHANO OA JEHOVA
  • BORAPELI BO MOMAHANENG LE THUPELO
  • KHŌLO EA MOEA
  • LIHOLO TSA ’MUSO LE BO-PULA-MALIBOHO
  • LIKOMITI TSA BOHOKAHANYI LE LIPETLELE
  • HO KHOTSOFATSA LITLHOKO TSA TŠIMO E HŌLANG
  • BOKAMOSO BO KHANYANG
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
yb09 maq. 142-255

Linaha Tsa Yugoslavia ea Mehleng

NAHA eo pele e neng e bitsoa Yugoslavia e na le lintho tse ngata tse hlollang. Ka leboea ho naha ena e kopantseng batho ba litso tse ngata, lipuo le malumeli ke Europe Bohareng le Europe Bochabela, ka boroa ho eona ke Greece le Turkey ’me ka bophirimela ke Italy. Leha ho le joalo, lebitso lena Yugoslavia le hopotsa batho ba bangata lintoa le liqhoebeshano tse bileng teng moo. Sebaka sena se Hloahloeng ea Balkan se bile le meferefere e mengata, ho tloha ha ho bolaoa Khosana Francis Ferdinand ka 1914 ho tla fihlela lilemong tsa morao tjena ha ho lelekoa batho ba merabe e meng ka likhoka. Lirephabliki tseo pele e neng e le tsa Yugoslavia li ile tsa fetoha linaha tse ikemetseng, ha batho ba teng ba loanela boipuso. Qetellong, Yugoslavia e ile ea aroha likoto, ’me hona joale sebakeng seo ho se ho e-na le linaha tse kang Bosnia le Herzegovina, Croatia, Macedonia, Montenegro, Serbia le Slovenia.

Har’a molubalube ona oa liqhoebeshano tsa lipolotiki, tsa merabe le tsa bolumeli ho hlaha tlaleho e babatsehang ea batho ba ratanang, ba bonngoeng le ba tšepanang. Lipaki Tsa Jehova tsa moo li hlōtse lehloeo le bora tse arohantseng batho ba Linaha Tsa Balkan. Le hoja li tsoa litsong tse sa tšoaneng, li momahane kaha li tšepahalla ’Muso oa Molimo, oo e leng puso e phahameng.

QALONG

Mosebetsi oa batho ba Jehova o qalile joang sebakeng see? Re tla qala pale ena ea rōna ka mohlankana e mong ea neng a kuta batho moriri ea bitsoang Franz Brand, ea hlahetseng karolong e ka leboea ea Yugoslavia e bitsoang Vojvodina. O ile a ea Austria ho ea batla mosebetsi. Ha a le moo o ile a ithuta ’nete, ’me ka 1925 a khutlela motseng oa habo moo a ileng a e phatlalatsa teng. O ile a ikopanya le sehlotšoana sa batho ba neng ba bala ba bile ba tšohla libuka tsa Studies in the Scriptures tse neng li ba thusa ho ithuta Bibele, tseo ba neng ba li fumane ho beng ka bona ba United States.

Sehlopha seo se ile sa elelloa hore se lokela ho paka, ’me ha fetoleloa libukana tse peli tse neng li hlalosa lithuto tsa Bibele ka Seserbia. Ka masoabi, le pele libukana tseo li ka ajoa, mor’abo rōna e mong ea hlaheletseng ea neng a se a fetohetse mokhatlo o hlophisitsoeng ’me a ithehetse lequloana, o ile a etela sehlopha seo. O ile a susumetsa bohle hore ba furalle Liithuti Tsa Bibele haese Franz feela.

Ka mor’a moo, Franz o ile a ea Maribor, Slovenia, e leng moo a ileng a fumana mosebetsi oa ho kuta batho moriri. O ile a pakela mohiri oa hae e leng Richard Tautz, ea ileng a amohela linnete. Kaha Franz le Richard ba ne ba sebelisa sebaka seo ba sebeletsang ho sona e le setsi sa ho bolela litaba tse molemo, ba ne ba bitsoa bakuti ba moriri ba lumelang Bibeleng. Batho ba kutoang ba ne ba mamela ka tsebe e lethoethoe, ba sa batle ho sisinyeha kapa hona ho bua ha ba ntse ba kutoa! Motho e mong eo ba neng ba mo kuta moriri e ne e le ralipolotiki ea bitsoang Ðuro Džamonja. E mong e ne e le Rudolf Kalle, ea neng a e-na le khoebo ea ho lokisa mechine ea ho thaepa. Ðuro le Rudolf ba ile ba hatela pele ka potlako ’me ba kolobetsoa. Ðuro o ile a tlohela lipolotiki ’me a thusa tabeng ea ho theha Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele oa Lighthouse, Naheng ea Yugoslavia. Mokhatlo ona o ngolisitsoeng ka molao o ile oa nolofalletsa barab’abo rōna hore ba bolele litaba tse molemo le hore ba tšoare liboka ka bolokolohi.

“PHOTO-DRAMA” E BULA TSELA

Ka 1931, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Switzerland, e ile ea romela barab’abo rōna ba babeli hore ba il’o bontša “The Photo-Drama of Creation” metseng eohle e meholo ea Yugoslavia. Liholo li ne li tletse ’me batho ba tlileng ba ne ba mamela ka hloko ha Ðuro a hlalosa boitsebiso boo. “Photo-Drama” e ile ea etsa hore batho ba thahaselle ’nete ea Bibele hohle naheng eo. Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba Maribor ba ne ba tšoara liboka ka Seslovenia le ka Sejeremane. Lihlopha li ne li bokana Zagreb le libakeng tse e potolohileng, hore li buisane ka lingoliloeng tse neng li fetoletsoe ka Secroatia.

Ka mor’a moo, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho fetolela Molula-Qhooa ka Seslovenia le Secroatia—’me oo e ne e le mosebetsi oa motonanahali mehleng eo. Ha makasine e se e fetoletsoe, morali’abo rōna o ne a e thaepa a sebelisa pampiri ea k’habone, e neng e etsa likopi tse 20 feela ka nako e le ’ngoe. Hamorao ha ho e-ba le mochine o hatisang likopi tse ngata, limakasine tsa Molula-Qhooa li ile tsa eketseha ’me ha hatisoa tse 200 ka nako e le ’ngoe.

Ha bara le barali babo rōna ba se ba itlhomeletse ka limakasine tsena, ba ne ba tsamaea ka terene ho ea paka likarolong tse sa tšoaneng tsa Yugoslavia. Ka linako tse ling, barab’abo rōna ba Slovenia ba ne ba hira lori e bulehileng ka holimo le mokhanni eo e seng Paki. O ne a ba isa sebakeng seo ba neng ba batla ho ea bolela ho sona ebe o ba emela letsatsi lohle ho fihlela ba qeta. Mehleng eo ea pele, baboleli bana ba ’Muso ba ne ba sa fumane koetliso e kaalo, ’me ka linako tse ling ba ne ba bolela molaetsa ka tsela e hlabang; leha ho le joalo, Jehova o ne a hlohonolofatsa boiteko ba bona a ba thusa hore ba fumane “ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Lik. 13:48.

Franc Sagmeister o re: “Ke ithutile ’nete ka 1931 ho ’mangoane Terezija Gradič le monna oa hae, Franc. Monna oa hae ke e mong oa bahoeletsi ba pele, Slovenia. Le hoja qalong a ne a le khahlanong le bolumeli ka ho feletseng, Franc o ile a qala ho bala Bibele ka cheseho. Seo se ile sa nkhahla haholo, kahoo ke ile ka ithuta Mangolo le eena. Le hoja ba lelapa leso ba ne ba hanyetsa, ke ne ke batla ho bolella ba bang ka lintho tse ncha tseo ke ithutileng tsona. Ha moruti oa pharishe a utloela ka taba ena, o ile a mpitsa hang-hang. O ile a mpolella hore ha kea lumelloa ho ba le Bibele kaha nke ke ka e utloisisa. Ke ile ka hana ho mo fa Bibele ea ka. Hamorao ha Ntate a qeta ho hlokahala, moruti eo o ile a kopana le ’na seterateng, a halefetse hore ebe ha kea lefella hore Ntate a etsetsoe ’Misa le hanngoe feela. Ke ile ka mo bolella ka re, ‘Nka lefa hore a etsetsoe ’Misa ka makhetlo a lekholo, esita le a sekete, haeba seo se ne se ka thusa Ntate.’

“Moruti eo o ile a re: ‘Le joale boo, se ka mo thusa!’

“Ke ile ka re: ‘Haeba o leholimong, ha a hloke hore u mo etsetse ’Misa ’me haeba o liheleng le teng o ntse a sa o hloke.’

“Moruti eo o ile a botsa, a re: ‘Empa joale haeba o pelekatoring teng?’

“Ke ile ka re ho eena: ‘Moruti oa batho, u tseba hantle hore ke na le setša se seholo. Hona joale tjena nka ea ofising ea leqoetha ’me ka saena hore ke u fe sona kaofela, haeba u ka bontša ka Bibele hore motho o na le moea o sa shoeng o tsoelang pele o phela ka mor’a lefu, le hore lihele le pelekatori li teng le hore Molimo ke Boraro-bo-bong.’

“O ile a ntonela mahlo, a hotetsa koae eaba oa tsamaea.”

BO-PULA-MALIBOHO BA EA TŠIMONG

Lilemong tsa bo-1930, banna le basali ba chesehang ba ile ba bula tsela ea hore leseli la ’nete le chabele Yugoslavia. Ka mohlala, Grete Staudinger, Katarina Konečnik ’me hamorao le Karolina Stropnik, ba Maribor, Slovenia ba ile ba kenela seo hamorao se ileng sa bitsoa bopula-maliboho ba phomolo. Ho elella ka boroa, motseng oa Mostar, e leng motse-moholo oa Herzegovina, motsamaisi oa ’mino oa liletsa ea bitsoang Alfred Tuček o ile a hlokomela hore seo a ithutang sona ke ’nete ’me a qala ho bula maliboho. Dušan Mikić, ea lilemo li 23 oa Zagreb, Croatia, o ile a fumana bukana e bitsoang Bafu ba Hokae? Le eena o ile a hatela pele ka potlako, ’me a kolobetsoa a ba a qala ho bula maliboho. Ka mor’a nakoana, bo-pula-maliboho ba ne ba tla matlafatsoa ha bara le barali babo rōna ba chesehang ba tsoang Jeremane ba fihla.

Ha ’nete e ntse e itsetsepela Yugoslavia, Jeremane teng mosebetsi o ne o thibetsoe. Ofisi ea lekala e Switzerland, e ile ea etsa tokisetso ea ho romela bo-pula-maliboho ba 20 ba nang le phihlelo Yugoslavia, har’a bona e ne e le Martin Poetzinger, Alfred Schmidt, Vinko le Josephine Platajs, hammoho le Willi le Elisabeth Wilke. Le hoja ba ne ba sa tsebe ho bua Seslovenia kapa Secroatia sa Serbia, bo-pula-maliboho bana ba itetseng ba ne ba sebelisa likarete tsa bopaki hore ba bolele molaetsa ka sebete, ’me ba ile ba bula khoro bakeng sa mosebetsi o neng o larile ka pele.

LIPHEPHETSO TSA BOPULA-MALIBOHO

Tsela eo bo-pula-maliboho ba neng ba chesehela mosebetsi oa Jehova ba bile ba rata batho ka eona e ile ea ba thusa hore ba hlōle mathata a ho se tsebe puo le a ho hloka chelete. Bothata bo bong e ne e le ba hore na ba tsamaea joang ha ba ea metseng e sa tšoaneng. Ha ba ea metseng e hōle, ba ne ba atisa ho tsamaea lik’hilomithara tse 40 ka maoto boemong bo bobe ba leholimo le libakeng tse mpe. Morali’abo rōna e mong o re o ne a baballa lieta ka hore a li role ha a tloha motseng o mong a ea ho o mong. Martin Poetzinger, eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang, o ne a nyakalla ha a hopola nako eo a neng a tsamaea libakeng tsa mahaeng a jere mokotla o tletseng libuka, a bolela litaba tse molemo ho bohle ba neng ba ka mo mamela.

Mathata a bona a ho tsamaea a ile a fokotseha ha mor’abo rōna e mong oa Switzerland a rekela bo-pula-maliboho bana ba tšepahalang libaesekele. Libaesekele tseo li ile tsa sebelisoa tšebeletsong ea boboleli ka lilemo tse mashome.

Le hoja batho ba Yugoslavia ba ne ba tsebahala ka ho amohela baeti ka mofuthu, ho ne ho e-na le khanyetso ea bolumeli ’me bo-pula-maliboho ba ne ba hlorisoa haholo. Baruti ba ne ba e-na le tšusumetso e matla ho balateli ba bona, haholo-holo metseng e menyenyane. Ka linako tse ling, ba ne ba hlohlelletsa bana ba sekolo hore ba sale bo-pula-maliboho morao ’me ba ba betse ka majoe. Ba ne ba boetse ba hlohlelletsa ba boholong hore ba hlekefetse bo-pula-maliboho, ba nke lingoliloeng tsa bona ’me ba ba koalle.

Ka nako e ’ngoe, ha Willi Wilke a ntse a bolela litaba tse molemo sebakeng se ka thōko Croatia, o ile a utloa lerata le leholo lepatlelong la motse. Eena le mosali oa hae hammoho le pula-maliboho e mong ea bitsoang Grete Staudinger, ba ne ba ntse ba fana ka bukana e bitsoang Righteous Ruler, e neng e e-na le setšoantšo sa Jesu Kreste ka ntle. Ha a hopola ketsahalo eo, o re: “Ke ile ka tšoha ha ke bona letšoele le befileng la batho ba ka bang 20, le tšoere lisekele, le pota-potile mosali oa ka. Haufi le moo, ho ne ho e-na le batho ba bang ba ntseng ba chesa libukana tsa rōna.”

Bo-pula-maliboho bao ba ne ba sa tsebe hore na ke’ng se halefisitseng baahi bana ba ikokobelitseng ba motse, ’me Morali’abo rōna Wilke o ne a sa tsebe puo ea moo hantle hore a ka ba botsa lebaka. Empa Grete eena o ne a tseba Sejeremane le lipuo tse buuoang moo. O ile a ba atamela, a ba botsa a re, “Bo-’mè le bo-ntate, ekaba le etsa’ng?”

Ba ile ba araba ba le ntsoe-leng, ba re: “Ha re batle Morena Peter!”

Grete a ba araba, a re: “Le rōna ha re mo batle.”

Ka ho makala, letšoele le ile la supa setšoantšo se bukaneng ’me la botsa, “Joale ke hobane’ng ha le tsamaisa liphatlalatso tse mo buellang?”

Ea be e le hona Grete a utloisisang. Selemo feela pele ho moo, e leng ka 1934, ho ne ho ile ha bolaoa Morena Alexander I oa Yugoslavia, ’me mora oa hae ea bitsoang Peter o ne a lokela ho mo hlahlama boreneng. Empa baahi ba ne ba batla ho ipusa ho e-na le hore ba busoe ke morena oa Serbia. Baahi bao ba ne ba nahana hore setšoantšo sa Jesu Kreste ke sa Morena Peter!

Ba ile ba hlalosetsoa taba hantle, ’me ba fuoa bopaki bo qaqileng ka Morena Jesu Kreste. Ba bang ba neng ba chesitse libukana tsa bona ba ne ba se ba batla tse ncha. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba tloha motseng oo ba thabile, ba nka hore seo se bontša hore Jehova o ba sirelelitse.

Bo-pula-maliboho bao ba ne ba boetse ba lokela ho ela hloko meetlo ea sebakeng seo. Ha ba ne ba paka metseng e nang le Mamosleme a mangata, Bosnia, ba ne ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba khopisa batho ba moo. Ka mohlala, ho sheba mosali ea nyetsoeng oa Momosleme ka mahlong ha motho a buisana le eena, ho ne ho ka ’na ha halefisa monna oa hae.

Ka nako eo, ho ne ho e-na le lihlopha le liphutheho tse ’maloa feela naheng eo. Kahoo, ka linako tse ling ka mor’a ho bolela litaba tse molemo letsatsi lohle sebakeng se hōle, ho ne ho e-ba thata ho fumana marobalo. Kaha bo-pula-maliboho ba ne ba e-na le chelete e nyenyane, ba ne ba sa khone ho lefella kamore ea baeti ea boemo bo loketseng. Josephine Platajs o re: “Motseng o mong ho ne ho se na motho ea batlang ho re amohela kaha ba ne ba tšaba moruti oa K’hatholike. Shoalane e ne e se e tšoere ha re le mothating oa ho tloha motseng oo. Ha re se re tsamaea re ile ra bona sefate se seholo se nang le makhasi a ommeng a oetseng fatše—e leng moo re ileng ra robala teng bosiung boo! Re ile ra sama mokotla oa liaparo, ’me monna oa ka a tlamella baesekele ka ropo leqaqailaneng. Ha re tsoha hoseng re ile ra hlokomela hore re ne re robetse pel’a seliba, kahoo ra fumana metsi a ho itlhatsoa. Jehova o ile a re sireletsa a ba a re lokisetsa lintho tseo re li hlokang ’meleng.”

Bo-pula-maliboho bana ba ile ba lemoha kamoo Jehova a neng a ba hlokomela kateng esita le linthong tse nyenyane. Ba ne ba amehile ka ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo, eseng ka boiketlo ba bona.

HO TŠELELA MACEDONIA

Alfred le Frida Tuček, bao ka bobeli e neng e le bo-pula-maliboho, ba ile ba sebelisa monyetla oa hore ba hase molaetsa oa ’Muso ha ba le tseleng ba tsoa Slovenia ba ea Bulgaria. Ha ba le motseng oa Strumica, Macedonia, ba ile ba pakela ralebenkele e mong ea bitsoang Dimitar Jovanovič, ’me ba mo alima lingoliloeng. Ha ba khutlela Bulgaria, ka mor’a khoeli ba ile ba mo fapohela. Ha ba utloa hore o ne a e-s’o ka a li bala, ba mo kōpa hore a li khutlise e le hore ba ka li fa motho e mong ea neng a tla li bala. Sena se ile sa tsosa thahasello ea Dimitar. O ile a ba kōpa hore ba mo fe monyetla o mong oa hore a li bale. Ha a qeta ho li bala, o ile a hlokomela hore o fumane ’nete, kahoo ea e-ba motho oa pele oa ho kolobetsoa Macedonia, e le Paki ea Jehova.

Ka mor’a moo, Dimitar o ile a pakela Aleksa le Kosta Arsov, bao e leng bana ba motho. Ka mor’a nakoana, ho ne ho se ho e-na le batho ba bararo bao e leng Lipaki, Macedonia. Ba ile ba qala ho paka ba sebelisa keramafono, lirekoto tse nang le lipuo le limakasine. Makasine e ’ngoe e ile ea fihla matsohong a moruti oa kereke ea Evangeli ea Methodiste, ea ileng a e fetisetsa ho mohlankana e mong ea bohlale oa kereke ea hae, e leng Tušo Carčev. Tušo o ile a khahloa ke seo a neng a se bala ’me a phehella moruti hore a mo tlisetse tse ling. Kapele, Tušo o ile a hlokomela hore motho ha a lokela ho lefisa ba bang ha a ba bolella litaba tse molemo. O ile a bolella moruti taba ena a thabile, eaba moruti eo o khaotsa ho mo tlisetsa limakasine. Tušo o ile a fumana aterese ea ofisi ea lekala e Maribor limakasineng tseo ’me a e ngolla, a kōpa hore a romelloe tse ling. Ofisi e ile ea kōpa Dimitar, Aleksa le Kosta hore ba etele Tušo. Ka mor’a nakoana, ho ile ha thehoa sehlopha.

Ka 1935, barab’abo rōna ba ile ba tlosa ofisi ea lekala, Maribor, Slovenia, ba e fallisetsa Belgrade, e leng motse-moholo oa Yugoslavia, o Serbia. Franz Brand le Rudolf Kalle ba ile ba khethoa hore ba hlokomele mosebetsi moo.

MOSEBETSI OA THIBELOA

Bopaki ba hore barab’abo rōna ba ne ba sebetsa ka cheseho bo bonoa bukaneng e ileng ea hatisoa ke Kereke e K’hatholike ka 1933. Bukana eo e ne e hlalosa ka ho qaqa mosebetsi oa boboleli o etsoang ke Lipaki, ’me kereke e ile ea ba ea bolela hore mosebetsi oa rōna o tla fela. Empa e ne e fositse hakaakang!

Karolong e ka leboea ea Yugoslavia baruti ba ne ba halefisitsoe ke bo-pula-maliboho ba seng ba kae ba neng ba etsa mosebetsi ka cheseho. Ba ile ba halefa le ho feta ha makhotla a molao a hanela boiteko ba ho sitisa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. Leha ho le joalo, qetellong moruti e mong oa Mojesuite oa Slovenia e ile ea e-ba letona la tsa ka hare. O mong oa melao ea pele eo a ileng a e etsa e bile oa ho felisa Mokhatlo oa Lighthouse ’me ka August 1936, mosebetsi o ile oa thibeloa ka molao. Ba boholong ba ile ba koala Liholo Tsa ’Muso ’me ba nka lingoliloeng tsohle ka mahahapa. Ka lehlohonolo, liphutheho li ne li lonngoe tsebe ka sena, kahoo ba boholong ba ile ba fumana lingoliloeng tse seng kae feela. E le hore mosebetsi o ’ne o tsoele pele, ho ile ha buloa setsi se senyenyane sa khatiso se bitsoang Kula stražara (The Watchtower), Belgrade, ’me liboka tsa tsoela pele ho tšoareloa malapeng.

Kaha mosebetsi o ne o thibetsoe, ’muso o ile oa leka ka matla le ho feta hore o emise mosebetsi oa boboleli. Basebeletsi ba nako e tletseng e ne e le bona ba behiloeng leihlo ka thata, e leng se ileng sa thatafalletsa barab’abo rōna ba buang Sejeremane haholo. Ba bangata ba bo-pula-maliboho bana ba ne ba tlile Yugoslavia hobane mosebetsi oa boboleli o ne o thibetsoe linaheng tse ling tsa Europe, ’me joale mosebetsi o ne o se o thibetsoe le mona. Le hoja bo-pula-maliboho ba ne ba tšoaroa ba bile ba koalloa literonkong, ba ile ba tsoela pele ka cheseho. Morali’abo e mong rōna o re: “Ka linako tse ling, ho ne ho le thata hore batho ba re etele ha re le teronkong, empa ha ho mohla Jehova a ileng a re lahla. Ka lekhetlo le leng ha mor’abo rōna e mong a tlil’o re bona, o ile a haneloa ho kena, kahoo a buela holimo ha a bua le molebeli oa teronko hoo re ileng ra mo utloa. Re ile ra khothala haholo ha re utloa lentsoe la hae.”

Linakong tsena tse moferefere, ho ne ho hlokahala sebete hore barab’abo rōna ba fetolele le ho aba bukana e bitsoang Judge Rutherford Uncovers Fifth Column, e neng e pepesa kamoo likereke tsa K’hatholike li ’nileng tsa tšehetsa maano a bopolotiki a ’muso oa Manazi kateng. E ile ea fetoleloa ka Seserbia, Secroatia le Seslovenia ’me ho ile ha hatisoa likopi tse 20 000 tsa puo ka ’ngoe. Ho tloha qalong feela, bukana ena e ile ea thibeloa, ea etsa hore bo-pula-maliboho ba tsoang linaheng tse ling ba lelekoe ’me leqoetha la ’muso la kōpa lekhotla hore bahatisi ba bukana eo ba ahloleloe ho hlola lilemo tse 10 ho isa ho tse 15 teronkong. Le hoja ho ne ho le kotsi ho etsa seo, bahoeletsi ba seng ba kae ba Yugoslavia ba ile ba aba libukana tseo tse 60 000 kapele feela.

Lina Babić, ea ithutileng ’nete ho elella qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše ea neng a bile a tloaelane haholo le bara le barali babo rōna ba tšepahalang, o re: “Ka nako eo batho ba ne ba lapetse ho ithuta ’nete ea Bibele ’me ba thabela ho bala. Kaha kamehla ho ne ho hlokahala hore re be hlokolosi, ke ile ka etsa qeto ea ho re ke kopiletse lingoliloeng bukaneng ea ka ea ho ingolla lintlha. Ka tsela eo, haeba ke sechoa ho ne ho tla bonahala eka ke lintlha tseo ke ingoletseng tsona feela.”

HO KHETHA PAKENG TSA TOLSTOY LE JEHOVA

Nakoana pele ntoa e qala, ho ile ha e-ba le karohano ho e ’ngoe ea liphutheho tse khōlō tsa Yugoslavia. Ba bang ba ne ba qalile ho buella likhopolo tsa mongoli oa Lerussia ebile e le rafilosofi oa molumeli, ea bitsoang Leo Tolstoy. Tolstoy, eo e neng e kile ea e-ba setho sa Kereke ea Orthodox ea Russia, o ne a kholisehile hore likereke tsohle tsa Bokreste li tletse bobolu ’me li emetse Bokreste hampe ka ho feletseng. Barab’abo rōna ba bang ba ile ba qala ho se tšepe mekhatlo eohle ea bolumeli ’me ba belaella le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Mor’abo rōna ea neng a eteletse pele Phuthehong ea Zagreb o ile a sebelisa hampe boikarabelo boo a neng a bo tšepetsoe ’me a atleha ho susumetsa bahoeletsi ba bangata hore ba amohele likhopolo tsa Tolstoy. Tšusumetso ea hae e ne e le matla hoo litho tse ngata tsa phutheho, tse fetang 60, li ileng tsa amohela qeto ea hore li furalla mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.

Ha Rudolf Kalle a utloa ka seo, o ile a potlakela Zagreb a tloha Belgrade ho ea kopana le phutheho eohle. O ile a tšohla linnete tsa Bibele tsa motheo tseo Jehova a neng a li senotse ka sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. (Mat. 24:45-47) A ntan’o ba botsa: “Ke mang ea le rutileng linnete tsee? Ke Tolstoy kapa ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova?” Ha a qotsa Joshua 24:15, Rudolf o ile a kōpa ba batlang ho lula e le karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova hore ba phahamise matsoho. Ke ba babeli feela ba ileng ba phahamisa matsoho.

Rudolf o ile a re: “Ke ne ke utloile bohloko haholo.”

Ho ne ho bonahala eka sohle se neng se finyeletsoe phuthehong eo se mothating oa ho ea le metsi.

Rudolf o ile a kōpa bao ba babeli ba tšepahalang hore ba tle sethaleng, ’me a re: “Ho setse rōna re le bararo feela. Ke rōna feela ba emetseng batho ba Jehova motseng ona. Ke kōpa hore lōna ba bang kaofela le tsamaee. Ka kōpo, re sutheleng! Re batla ho sebeletsa Jehova, Molimo oa rōna, le ka ’na la tsamaea la il’o sebeletsa Tolstoy oa lōna. Ho hang ha re sa batla ho ikamahanya le lōna.”

Ho ile ha feta nakoana, ho thotse ho itse tu! Ka mor’a moo, ba ile ba qala ho phahamisa matsoho ka bonngoe, ’me ba re: “Le ’na ke batla ho sebeletsa Jehova.” Qetellong, ho ile ha tsoa mohlanka oa phutheho ea neng a koenehile le balateli ba hae ba seng ba kae. Teko ena ea botšepehi e ile ea matlafalletsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova liteko tse matla tse neng li larile ka pele.

MAHLOMOLA A BAKOANG KE NTOA

Ka la 6 April 1941, lebotho la Jeremane le ile la hlasela Yugoslavia. Ofisi ea lekala e ile ea senyeha ha sesole sa moeeng se hlasela Belgrade ka libomo tse matla. Masole a Jeremane a ile a arola Yugoslavia. Ka nakoana, ntoa e ile ea sitisa barab’abo rōna ba Bethele ea Serbia hore ba buisane le ba Slovenia, Croatia le Macedonia. Lintho li ne li le mpe le ho feta ho ba karolong e ka boroa ho Macedonia, ba sa kang ba khona ho buisana le barab’abo rōna ba Bethele ho fihlela ntoa e felile.

Ka ho panya ha leihlo feela, barab’abo rōna ba ile ba tobana le liphephetso tse ncha. Kaha lefatše lohle le ne le kene ntoeng, bara le barali babo rōna ba ratehang ba ile ba lekoa ka matla ’me ba hlokoloa. Tumelo ea bona le lerato la bona ho Jehova le ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng li ile tsa lekoa.

Ofisi ea Belgrade e ile ea koaloa ’me tokisetso ea ho abela barab’abo rōna lijo tsa moea e ile ea etsoa Zagreb, Croatia. Kaha barab’abo rōna ba ne ba se ba sa lefisoe likotlo ba bile ba sa koalloe teronkong, ho e-na le hoo ba isoa likampong tsa mahloriso ’me ba bolaoa, ho ne ho hlokahala hore ba be masene ’me ba etse lintho ka sekhukhu le ho feta.

Ha mabotho a Jeremane a hapa Yugoslavia a bile a e arola, ho ile ha thehoa likampo tsa mahloriso. Croatia, likampo tsena li ne li sebelisetsoa ho arola le ho bolaea batho ba merabe e itseng le lihlopha tse nyenyane tsa bao e seng Mak’hatholike hammoho le balumeli leha e le bafe ba khahlanong le puso. Serbia, mabotho a Manazi a ile a theha likampo tsa mosebetsi o boima le tsa mahloriso. Barab’abo rōna ba fetang 150 ba Hungary ba ile ba koalloa kampong e Bor, Serbia, ka lebaka la ho se nke lehlakore. Yugoslavia le teng, puso ea Manazi e ile ea ikemisetsa ho hlasela Lipaki Tsa Jehova. Ka hona, bopaki bo sa reroang e ne e le eona tsela e ka sehloohong eo li neng li bolela litaba tse molemo ka eona. Bahoeletsi ba ne ba eletsoa hore ba nke Bibele le sengoliloeng se le seng feela ’me ba bolelloa hore na ba re’ng haeba ba tšoaroa. Ba ne ba tšoara liboka ka lihlopha tse nyenyane ebile ba sa tsebe hore na liboka tse ling li tšoareloa hokae.

Kaha ho ne ho se na tsela e sireletsehileng ea ho kenya lingoliloeng naheng, li ne li hatisoa ka sekhukhu. Barab’abo rōna ba ne ba qeta bosiu kaofela ba sebetsa ka thata libakeng tse sa tšoaneng ba hatisa limakasine le libukana ba bile ba li kopanya. Ba ne ba boetse ba sebetsa ka thata hore ba fumane chelete ea ho lefella litšenyehelo tsa khatiso. Barab’abo rōna ba ne ba sebelisana le bo-rakhoebo bao ba ba tsebang hore ba fumane thepa eo ba e hlokang ha ba hatisa. Le hoja batho ba Yugoslavia ba ne ba khethollana ka bochaba le ka bolumeli, barab’abo rōna ba ne ba momahane ba bile ba kopanya chelete ea bona ea boipheliso e le hore ba lokisetse lijo tsa moea tse pholosang bophelo. Empa ba ne ba tla li isa joang lihlotšoaneng tsa bahoeletsi ba thōko tšimong ea bona?

Stevan Stanković oa Moserbia ea neng a sebetsa litereneng, o ne a le malala-a-laotsoe hore a thuse barab’abo ho sa tsotellehe semelo sa bona. Le hoja ho ne ho le kotsi, Stevan o ne a nka lingoliloeng ka sekhukhu a li tlosa Croatia a li isa Serbia e neng e laoloa ke masole. Ka letsatsi le leng, mapolesa a ile a fumana lingoliloeng ka sutuk’heiseng ea hae. A ile a mo botsa hore na lingoliloeng tseo li tsoa hokae. Empa kaha Stevan o ne a sa batle ho tsoa barab’abo tlaase, o ile a hana ho a bolella. Mapolesa a ile a mo isa teronkong ho ea mo hloma lipotso eaba ka mor’a moo a mo isa kampong ea mahloriso e haufi e Jasenovac. Mor’abo rōna eo ea tšepahalang o ile a shoela kampong ena e neng e tsebahala ka ho tšoara batho ka sehlōhō.

Mihovil Balković, mor’abo rōna ea neng a le masene a bile a le malebaleba, o ne a sebetsa ka liphaephe tsa metsi, Croatia, nakong eo e thata. Ho phaella mosebetsing oa hae oa boipheliso, o ne a boetse a etela barab’abo rōna ho ba khothatsa le ho ba isetsa lingoliloeng. Setloholo sa hae se re: “Ka nako e ’ngoe, o ile a utloa hore terene eo a neng a e palame e ne e tla sechoa ha e fihla motseng o latelang. Kahoo, o ile a theoha seteisheneng se tlang pele ho seo. Le hoja motse oo o ne o pota-potiloe ke terata e hlabang, o ile a fumana lesoba tšimong ea morara. O ile a kenya lingoliloeng ka mokotleng o jaroang ’me a beha libotlolo tse peli tsa rakija (joala bo ritetsoeng hae) le korosari ka holim’a lingoliloeng tseo. Ha a ntse a tsamaea ka hloko tšimong eo ea morara, o ile a feta moo ho nang le mokoti oo masole a ipatang ho oona, ’me a utloa lesole le mo hoeletsa, le re: ‘Ema moo! U mang?’ Ha a atamela, lesole le leng la mo botsa, la re, ‘U nkile’ng ka moo?’

“O ile a le araba, a re: ‘Ke nkile phofshoana, linaoa tse seng kae le litapole.’

“Ha a botsoa hore na o tšetse’ng ka libotlolong tseo, o ile a re, ‘Nkha mona, u noe ’me u ikutloele.’

“Ha lesole le noa joala boo, Mihovil a re, ‘U ka inkela eona, ena e ’ngoe ke ea ka.’

“Ha masole ao a se a khotsofetse ke karabo ea hae a bile a thabetse rakija, a ile a re, ‘U ka ikela monna-moholo!’”

Setloholo sa Mihovil se qetella ka ho re: “Kahoo o ile a atleha ho fihlisa lingoliloeng tseo moo a neng a li isa teng.”

Ka sebele, Mihovil o ne a le sebete. O ne a tsamaea libakeng tse laoloang ke mahlakore a loantšanang. Ka linako tse ling, Mihovil o ne a kopana le masole a Lingangele Tsa Makomonisi; ’me ka linako tse ling a kopana le Maustaše a Bofascistaa kapa masole a Četnik. Ho e-na le hore a tšohe, o ne a sebelisa menyetla eo hore a bolele le ho hlalosa bokamoso boo Bibele e bo tšepisang. Sena se ne se hloka hore a be sebete haholo hobane Lipaki li ne li lula li le kotsing. Ka makhetlo a mangata o ile a tšoaroa, a hlongoa lipotso ’me a koalloa teronkong.

Ho elella qetellong ea ntoa, bosiung ba la 9 November 1944, Lingangele li ile tsa secha ntlo ea Mihovil, tsa nka lingoliloeng ’me tsa tsamaea le eena. Ka masoabi ha aa ka a hlola a khutla. Hamorao ho ile ha utloahala hore li ile tsa mo khaola hlooho.

Josip Sabo e ne e sa le moshanyana ha a ne a tsamaisa lingoliloeng ka baesekele, Slavonia e Croatia. O ile a hahella lebokose le tšelang lingoliloeng, leo joale a neng a beha lipere tse sa tsoa khuoa ka holimo. Nakong eo, ho ne ho etsoa lithibella hoo e batlang e le likhorong tsa metse eohle li bile li lebeloa.

Ha Josip a fihla hohle moo ho neng ho entsoe lithibella, balebeli ba ne ba mo botsa, ba re: “U tšetse’ng ka moo ka lebokoseng?”

O ne a araba ka ho re: “Ke lipere tseo ke li isetsang Malome,” ebe masole a nka tse seng kae. Ha a atamela moo a eang, ho ne ho setse lipere tse seng kae feela tse sa khoneng ho koahela lingoliloeng tseo. Kahoo Josip o ile a tsamaea ka tsela e ’ngoe eo batho ba seng ba sa tsamaee ka eona e le hore a baballe lipere tsa hae tsa ho qetela le lingoliloeng tseo a neng li patile ka tlaase.

BA TŠEPAHALA HO ISA LEFUNG

Lestan Fabijan, eo e neng e le sehahi sa Zagreb, o ile a pakela Ivan Sever, Franjo Dreven le Filip Huzek-Gumbazir. Kaofela ha bona ba ile ba kolobetsoa le pele ho feta likhoeli tse tšeletseng ’me ba qala ho paka le ho tšoara liboka. Mantsiboeeng a la 15 January, 1943, masole a ile a fihla ha Ivan Sever a tlil’o mo tšoara hammoho le Franjo Dreven le mor’abo rōna e mong ea bitsoang Filip Ilić. A ile a secha ntlo, a nka lingoliloeng tsohle ’me a ba tšoara.

Lestan o ile a utloa hore ba tšoeroe, kahoo a tsamaea le Filip Huzek-Gumbazir ho ea khothatsa ’mè oa Franjo le khaitseli ea hae. Leha ho le joalo, Lingangele li ile tsa utloela hore ba etetse moo eaba lia ba tšoara. Bara bao babo rōna ba bahlano ba ile ba li hlalosetsa ka Bibele hore ba sebeletsa Jehova feela ’me ba li bontša hore ke masole a Kreste. Kaha kaofela ha bona ba ile ba hana ho nka libetsa le ho ea ntoeng, ba ile ba ahloleloa lefu. Ka mor’a moo, ba ile ba bolokoa litlamong.

Bosiung bo bong, bara bao babo rōna ba ile ba tsosoa borokong, ba hlobolisoa liaparo eaba ba isoa morung. Ha ba le tseleng, ba ile ba bolelloa hore ba ntse ba e-na le monyetla oa hore ba ka fetola maikutlo. Masole a ile a leka ho nyahamisa barab’abo rōna ka hore a ba hopotse kamoo ba ratang ba malapa a bona kateng. A ile a bua ka mosali oa Filip Huzek-Gumbazir eo e neng e le moimana le ka bana ba hae ba bane. O ile a a bolella hore o kholisehile hore Jehova o tla ba hlokomela. Franjo Dreven o ne a se na mosali le bana, kahoo a ile a mo botsa hore na ke mang ea tla hlokomela ’mè oa hae le khaitseli ea hae.

Ha ba fihla ka morung, masole ao a ile a ba emisa serameng se batang sa mariha. Eaba a qala ho ba bolaea. A ile a qala ka ho thunya Filip Huzek-Gumbazir. Ka mor’a moo, masole ao a ile a emisa, a botsa ba bang hore na ba batla ho fetola maikutlo kapa che. Empa bara bao babo rōna ba ne ba tiile boikemisetsong ba bona. Kahoo, masole ao a ile a bolaea Franjo, ha ntan’o latela Ivan le Lestan. Qetellong, ho ile ha sala Filip Ilić ea ileng a inehela ’me a lumela ho ea bosoleng. Empa ka mor’a likhoeli tse tharo o ile a khutlela hae hobane a ne a kula ’me a pheta se etsahetseng. O ile a shoa pele ho nako ka lebaka la ho kula ’me a lahleheloa ke bophelo boo a neng a lekile ho bo baballa.

Slovenia teng, bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba hlorisoa. Ka mohlala, Franc Drozg ea lilemo li 38, eo e neng e le setei sa tšepe, o ile a hana ho ea ntoeng. Ka lebaka leo, masole a Manazi a ile a mo bolaela Maribor ka la 8 June, 1942. Ba bang ba neng ba le teng ha a bolaoa, ba re pele a thunngoa ho ne ho faselelitsoe letšoao molaleng oa hae le reng: “Ha ke oa lefatše lena.” (Joh. 17:14) Lengolo leo a ileng a le ngola metsotso e seng mekae pele a bolaoa, le bontša kamoo tumelo ea hae e neng e le matla kateng: “Motsoalle ea Ratehang! Rupert, kajeno ke ahloletsoe lefu. U se ke ua ntelela. Ke u rata haholo uena le bohle ba lelapa leno. Ke tla le bona ’Musong oa Molimo.”

Ba boholong ba ne ba leka ka matla ho emisa mosebetsi oa boboleli, empa Jehova o ile a bontša hore ke Molimo oa poloko. Ka mohlala, mapolesa a ne a atisa ho tsometsa baahi sebakeng se itseng ebe a ba emisa ka mokoloko a hlahloba likarete tsa bona tsa boitsebahatso. Bohle ba neng ba bonahala ba belaetsa ba ne ba isoa teronkong. Ka nako e tšoanang, mapolesa a mang a ne a secha ka matlung. Ka makhetlo, barab’abo rōna ba ile ba bona ha Jehova a ba hlokomela a bile a ba sireletsa ha mapolesa a ne a tlōla matlo a bona, a nahana hore a se a qetile ho a secha. Bonyane ka makhetlo a mabeli ha ho ntse ho sechoa, matlo a barab’abo rōna a ne a e-na le lingoliloeng tse ngata le mechine e hatisang likopi tse ngata. Nako le nako, ba neng ba kopanela mosebetsing oa boboleli linakong tseo tse kotsi ba ile ba bona bonnete ba tiisetso ena e ka Bibeleng ea hore “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o na le qenehelo.”—Jak. 5:11, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.

BA AHLOLELOA LEFU

Ka 1945, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea lala, ’me ka tsela eo ha fela e ’ngoe ea linako tse tšabehang ka ho fetisisa tsa tšollo ea mali historing ea moloko oa batho. Kaha Hitler le linaha tseo a neng a entse selekane le tsona li ne li hlōtsoe, barab’abo rōna ba ne ba nahana hore lithibelo li tla tlosoa ’me ba bolele ka bolokolohi. Ba ne ba e-na le lebaka la hore ba be le tšepo: Puso e ncha ea Bokomonisi e ne e tšepisitse hore e tla tlisa bolokolohi ba phatlalatso ea litaba, ba puo le ba borapeli.

Leha ho le joalo, ka September 1946, barab’abo rōna ba 15 le baralib’abo rōna ba 3 ba ile ba tšoaroa. Ba bang ba bona e ne e le Rudolf Kalle, Dušan Mikić le Edmund Stropnik. Liphuputso li ile tsa nka likhoeli tse hlano. Ba boholong ba ile ba qosa Lipaki ka hore li khahlanong le batho le Naha, ebile li beha Yugoslavia kotsing. Ba ne ba re mosebetsi oa rōna o laoloa United States ’me re ikhakanya ka hore re phatlalatsa ’Muso oa Molimo e le hore re ketole puso ea bososhiale ’me re tsosolose ea bokapitale. Moruti e mong oa K’hatholike o ne a li hula pele tabeng ea ho qosa barab’abo rōna ka hore ke lihloela tsa Maamerika tse apereng lekoko la bolumeli.

Ha barab’abo rōna ba le khotla ba ile ba ipuella ka sebete ’me ba fana ka bopaki bo botle ka Jehova le ’Muso oa hae. Mor’abo rōna ea mocha lilemong, ea bitsoang Vjekoslav Kos, o ile a re: “Baahloli ba hlomphehang, ke ’Mè ea nthutileng ka bolumeli bona a sebelisa Bibele, eaba ke rapela Molimo. Ha Majeremane a ntse a laola naha ena, ’Mè o ile a koalloa teronkong. Likhaitseli tsa ka tse peli le Moholoane le bona e ne e le ba bolumeli bona. Majeremane a ile a ba isa Dachau, e leng moo a ileng a ba thunyetsa teng kaha a ne a nka hore ke makomonisi hobane ba ne ba rapela Molimo ka tsela ena. Le ’na ke ka pel’a lekhotla lena ka lebaka le tšoanang ’me ke qosoa ka hore ke Lefascista.” Lekhotla le ile la mo lokolla.

Lekhotla ha le ea ka la khoehlisa letsoho joalo ho ba bang. Ba bararo ho bao ba ile ba ahloleloa lefu ka hore ba thunngoe, ’me ba bang ba ile ba ahloleloa ho hlola teronkong selemo se le seng ho isa ho tse 15. Leha ho le joalo, tšoaro ena e hlokang toka e ile ea etsa hore barab’abo rōna lefatšeng ka bophara ba se ke ba senya nako, ba etse boipiletso bo matla khahlanong le eona. Lipaki tsa United States, tsa Canada, tsa Europe le tsa Lihlekehlekeng tsa Brithani li ile tsa ngolla ’muso oa Yugoslavia mangolo a likete-kete a boipiletso. Li ile tsa boela tsa romela melaetsa e makholo ea thelegramo. Esita le ba bang ba boholong pusong ba ile ba ngola mangolo lebitsong la barab’abo rōna. Mohoo ona o matla oa tšehetso o ile oa fella ka hore ba neng ba ahloletsoe lefu ba ahloleloe lilemo tse 20 teronkong.

Leha ho le joalo, khanyetso e ile ea ’na ea tsoela pele. Lilemo tse peli hamorao, ba boholong Slovenia ba ile ba tšoara Janez Robas le mosali oa hae, Marija, hammoho le Lipaki tse ling, e leng Jože Marolt le Frančiška Verbec, ka lebaka la boboleli. Har’a tse ling, ba ne ba qosoa ka hore: “‘Lequloana lena la majehova’ . . . le thaotha litho tse ncha ’me le li kenya moea oa ho ba khahlanong le puso ea rōna ea bososhiale le oa hore li hane ho ea bosoleng.” Kaha ba ne ba re barab’abo rōna ba leka ho fokolisa tšireletseho ea naha, ba boholong ba ile ba ba ahlolela hore ba hoehle lilemo tse tharo ho isa ho tse tšeletseng teronkong, ba sebetsa ka thata.

Ka 1952, batšoaruoa bohle ba ile ba lokolloa ha ho e-ba le liphetoho leanong la lipolotiki ’me molaetsa oa ’Muso o ile oa tsoela pele ho boleloa. Tšepiso ena ea Jehova e ile ea phethahala: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola.”—Esa. 54:17.

Leha ho le joalo, ’muso o ile oa ’na oa leka ho nyahamisa barab’abo rōna. Ba phatlalatso ea litaba ba ne ba re “baa kula kelellong” ebile “ba cheseha ka ho feteletseng, ’me ekare baa hlanya.” Bara ba bang babo rōna ba ile ba qala ho ferekanngoa ke litlaleho tse mpe tse neng li kena lenyelenyele le ke tšabo ea hore ebe ba behiloe leihlo nako ena kaofela. Ha Lipaki tse tšepahalang li ne li lokolloa teronkong, ba bang ka phuthehong ba ne ba nka hore ke lihloela. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tsoela pele ho matlafatsa liphutheho ka barab’abo rōna ba tšepahalang le ba hōlileng tsebong.

Ha Josip Broz Tito a nka puso qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha hlaka hore sesole se ne se tla phetha karolo e khōlō Yugoslavia. Ba neng ba hana ho ea bosoleng ba ne ba fahla ’muso ka lehlabathe, ho sa tsotellehe hore na mabaka a bona ke afe.

LITEKO TSA BOTŠEPEHI

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ha Ladislav Foro oa Croatia a le lilemo li robong, o ile a ba teng pitsong ea motse eo batho ba neng ba qobeletsoe ho ea ho eona, moo moruti oa K’hatholike a neng a fana ka puo. Ha moruti a qeta ho fana ka puo, Ladislav o ile a nyarela ka mor’a kharetene ea sethala ka bohelehele ’me a bona moruti a hlobola seaparo sa hae sa boruti. Ka hare o ne a apere junifomo ea Maustaša, a ithatetse thekeng ka lehlahlelo le nang le seqhomane se akheloang ka letsoho. Moruti eo o ile a nka sabole, a kalla pere e neng e le ka ntle ’me a hoeletsa a re: “Ha re eeng banab’eso re e’o fetola batho Bakreste! Haeba ho e-na le ea hanang, lea tseba hore na le lokela ho etsa’ng!”

Ladislav o ne a tseba hore motho ea sebeletsang Molimo ha aa lokela ho etsa seo. Nakoana ka mor’a moo, o ile a qala ho ea le rangoane oa hae libokeng tsa Lipaki, tse neng li tšoaroa ka sekhukhu. Le hoja seo se ne se halefisa batsoali ba hae, Ladislav o ile a tsoela pele ho ea libokeng ’me a hatela pele hantle moeeng.

Ka 1952, ha Ladislav a ne a bitsetsoa ho ea bosoleng, o ile a hlakisa boemo ba hae ba ho se nke lehlakore joaloka Mokreste. Ba boholong ba ile ba leka ho mo qobella hore a nke likano tsa ho ea bosoleng ka hore ba mo hlome lipotso ka makhetlo-khetlo. Ka nako e ’ngoe ba ile ba mo isa liahelong tsa sesole, moo ho neng ho e-na le batho ba 12 000 ba neng ba tl’o nkisoa likano. Masole a ile a mo emisa ka pel’a bohle ’me a mo beha sethunya lehetleng. Ka potlako o ile a se lahlela fatše. Masole ao a ile a bua ka sebuela-hōle e le hore bohle ba utloe, a re haeba Ladislav a ka etsa seo hape, o tla thunngoa. Ha a boetse a hana, a ile a mo tlosa moo ’me a mo sutumelletsa ka mokoting o chekiloeng ke bomo o neng o le botebo ba limithara tse ’maloa. Ho ile ha ntšoa taelo ea hore a bolaoe, eaba lesole le leng le thunya ka makhetlo a mabeli ka mokoting oo, masole ao a ntan’o khutlela liahelong tsa sesole. Leha ho le joalo, likulo tseo li ile tsa mo fosa!

Bosiung boo, ba boholong ba ile ba ntša Ladislav ka mokoting oo ’me ba mo isa teronkong Sarajevo. O ile a fuoa lengolo le bolelang hore ba bang ba tumelo ea hae ba ntse ba e koenehela ha eena a ntse a hoehla le linokoane teronkong. Ba boholong ba ne ba mo emella ka taba eo nako ena kaofela. Leha ho le joalo, Ladislav o ne a ipolella, a re: ‘Na ke sebeletsa Jehova ka lebaka la motho ea itseng? Che! Na ke moo hobane ke khahlisa motho? Che! Na bophelo ba ka bo itšetlehile ka seo ba bang ba ka ’nang ba se bua, ba se nahana kapa ba se etsa? Che!’

Ho sheba lintho ka tsela ena ea moea ho ile ha thusa Ladislav hore a lule a tšepahala ha a le teronkong ho fihlela a lokolloa ka mor’a lilemo tse ’nè le halofo. Ka mor’a nako, e ile ea e-ba molebeli oa potoloho a tšehelitsoe ke Anica, mosali oa hae ea chesehang eo ebileng e leng morapeli-’moho le eena.

LI AMOHELOA KA MOLAO, LE HOJA E SE KA BOTLALO

Ka mor’a hore Tito a khaole maqhama le Soviet Union ka 1948, o ile a hlophisa puso bocha ’me butle-butle a fa batho bolokolohi bo eketsehileng. Le hoja puso e ne e ntse e le ea bososhiale, e ne e batla e mamella bolumeli.

’Muso o ile oa batla ho kopana le baemeli ba Lipaki Tsa Jehova ’me oa etsa tlhahiso ea hore ba ngole molao o mocha oa motheo, o neng o tla etsa hore mosebetsi oa Lipaki o ngolisoe ka molao. Barab’abo rōna ba ile ba o ngola ’me ka la 9 September, 1953, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa boela tsa ngolisoa ka molao Yugoslavia.

Le hoja linaheng tse ling tsa Bokomonisi, barab’abo rōna ba ne ba lelekoa, Lipaki tsa Yugoslavia li ne li e-na le bolokolohi ba ho bokana hammoho liholong tse itseng. Sena se ile sa boela sa bulela barab’abo rōna ba Macedonia monyetla oa hore ba fumane lingoliloeng le hore ba buisane le ofisi e Zagreb. Empa le hoja Lipaki Tsa Jehova li ne li ngolisitsoe ka molao e le mokhatlo oa bolumeli ka 1953, ho ile ha feta lilemo tse 38 pele li lumelloa ka molao hore li etse tšebeletso ea ntlo le ntlo.

Mathata a ile a tsoela pele. Kaha barab’abo rōna ba ne ba sa nke lehlakore, ba boholong ba ne ba nahana hore ba hasa liphatlalatso tsa leshano ka mosebetsi oa bona oa boboleli. Mapolesa a mautloela hammoho le limpimpi a ne a thatafatsa mosebetsi oa boboleli. Ha barab’abo rōna ba ne ba fumanoa ba ntse ba bolela ba ne ba ka tšoaroa ’me ba lefisoa. Tlaleho e ’ngoe e ile ea re: “Barab’abo rōna ba ntse ba tšoaroa ’me baa qosoa. Haholo-holo sena se etsahala Slovenia, moo tšusumetso ea Mak’hatholike e leng matla ka ho fetisisa le moo batho ba Jehova ba bangata ba lulang ba behiloe leihlo ke mapolesa le mahlahana a ’ona, ka sepheo sa ho ba tšoara ba ntse ba ithuta Lentsoe la Molimo. Empa barab’abo rōna ba bontšitse hore ba ikemiselitse ho hlōla morero oa mahloriso ao ’me ba mamele Molimo ho e-na le batho.”

“LE BE SELI JOALOKA LINOHA”

Ha barab’abo rōna ba ne ba bolela libakeng tsa mahaeng Slovenia, ba ne ba qala ka ho botsa mong’a ntlo hore na o na le mahe a rekisoang. Haeba theko ea ’ona e ne e le tlaase ba ne ba a reka e le hore ba se ke ba tsosa libata masene. Ha ba se ba e-na le mahe a lekaneng, ba ne ba botsa mong’a ntlo e latelang hore na eena o na le patsi. Ha ba ntse ba reka ’me ba bona eka maemo a loketse, ka bohlale ba ne ba fetola moqoqo hore ba bue ka Bibele.—Mat. 10:16.

Sebakeng se seng haufi le Zagreb, Croatia, barab’abo rōna ba ne ba sebetsa tšimo ka tsela e hlophisehileng, empa ba sa tsose libata masene. Leqheka le leng leo ba neng ba le sebelisa e ne e le la ho tlōla matlo a ka bang leshome. Ka mohlala, haeba bahoeletsi ba abetsoe hore ba kene ntlong ea pele, ba ne ba kena ntlong ea pele, ea bo11, ea bo21, ea bo31, joalo-joalo. Barab’abo rōna ba ile ba sebelisa tsela eo ho thusa batho ba bangata hore ba tsebe Jehova. Leha ho le joalo, kaha ho paka ka ntlo le ntlo ho ne ho e-na le mathata a itseng, mokhoa o neng o sebelisoa haholo e ne e le oa ho fana ka bopaki bo sa reroang.

Serbia teng barab’abo rōna ba ne ba kopanela malapeng. Damir Porobić o hlalosa kamoo liboka li neng li tšoaroa kateng ha nkhono oa hae ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Oa hlalosa: “Ho ne ho tla batho ba bahlano ho isa ho ba leshome. Ntlo ea Nkhono e ne e le botleng hobane batho ba ne ba ka fihla ho eona ba hlaha ka literata tse peli. Sena se ne se etsa hore bohle ba kene ba be ba tsoe ka lenyele, e le hore ba se ke ba tsosa libata masene.”

Veronika Babić o hlahetse Croatia, ’me lelapa la hae le qalile ho ithuta ka bo-1955. Ka mor’a hore a kolobetsoe ka 1957, eena le monna oa hae ba ile ba fallela Sarajevo, Bosnia. Milica Radišić, oa Slavonia e Croatia, o ile a kolobetsoa ka 1950. Le eena lelapa la hae le ile la fallela Bosnia. Ba malapa ana a mabeli ba ile ba qala ho phatlalatsa ’nete ea ’Muso, Bosnia. Le bona ba ne ba lokela ho ba hlokolosi ha ba bolela, joaloka likarolong tse ling tsa Yugoslavia. Veronika o re: “Re ne re tlalehoa mapoleseng ’me lingoliloeng tsa rōna li nkuoa. Re tšoaroa, re hlongoa lipotso, re tšosoa ka hore re tla isoa teronkong ’me re lefisoa. Leha ho le joalo, ha ho le e ’ngoe ea lintho tseo e neng e re nyahamisa kapa e re tšosa. Ho e-na le hoo, li ile tsa matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova.”

Milica o re: “Ka letsatsi le leng, monna e mong o ile a tla Holong ea ’Muso ’me a bontša thahasello. O ile a amoheloa ka mofuthu a ba a qeta nako e itseng a le malapeng a barab’abo rōna. O ne a araba ka cheseho ha a le libokeng. Empa ha morali oa rōna a le moo a sebetsang teng, o ile a bona monna eo a le sebokeng sa mapolesa a mautloela. Kahoo re ile ra hlokomela hore o ne a rometsoe ke mapolesa hore e be sehloela. Kaha joale ho ne ho se ho tsebahala hore o sebelisana le mapolesa, o ile a khaotsa ho tla libokeng.”

LIHOLO TSA ’MUSO TSA PELE

Pele Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao, e ne e le tlōlo ea molao hore li bokane hammoho malapeng, kahoo ha barab’abo rōna ba ne ba bokana hammoho, ba ne ba ipeha kotsing ea ho tšoaroa. Empa le ha ba se ba lumeletsoe ka molao hore ba kopane, ho ne ho ntse ho le thata ho fumana sebaka seo ba ka kopanelang ho sona, kaha batho ba bangata ba ne ba sa rate Lipaki Tsa Jehova ba bile ba hana ho li hirisetsa mehaho. Kahoo ba ile ba etsa qeto ea ho reka mehaho eo ba ka kopanelang ho eona.

Kapele ka mor’a moo, barab’abo rōna ba ile ba fumana mohaho oo ho neng ho sebeletsoa ho oona o bohareng ba motse oa Zagreb, Croatia. Ba ile ba o fetola Holo e ntle ea ’Muso e nkang batho ba ka bang 160 ’me ba hahella ofisi e nyenyane ho oona hore ba e sebelisetse ho hatisa lingoliloeng. Holo ena ea ’Muso e ne e sebelisetsoa ho tšoara likopano ’me ka 1957 ho ile ha tšoareloa kopano ea pele e khōlō, eo ho eona ho neng ho tlile Lipaki tse tsoang likarolong tsohle tsa Yugoslavia. Lilemo tse seng kae hamorao, barab’abo rōna ba ile ba reka ntlo bohareng ba motse oa Zagreb, Seterateng sa Kamaufova, e ileng ea sebelisoa ke lelapa la Bethele ho fihlela ka 1998.

Ka 1957, barab’abo rōna ba ile ba reka mohaho Belgrade, Serbia, o ileng oa sebelisoa e le Holo ea ’Muso ebile e le ofisi eo ho etsetsoang mosebetsi oa Bethele ho eona. Ka mor’a moo, ba ile ba reka setala Ljubljana, Slovenia, ’me ba se fetola Holo ea ’Muso. Ka 1963, ba ile ba fetola karache hore e be holo Sarajevo, ’me e ile ea sebelisoa ke phutheho ea pele Bosnia le Herzegovina. Tse ling tsa libaka tsena li ne li e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ho tsona, empa barab’abo rōna ba ile ba itela, ba fana ka matlotlo a bona ’me Jehova a hlohonolofatsa boiteko ba bona.

TLHOPHISO E NTLE E ETSA HORE HO BE LE KHŌLO EA MOEA

Ka 1960, balebeli ba tsamaeang ba ile ba abeloa ho thusa liphutheho le ho li khothatsa. Barab’abo rōna ba bang ba ile ba kōptjoa hore ba sebeletse e le balebeli ba potoloho ka “mafelo a beke.” Bara bana babo rōna ba ne ba ithaopela ho etela barab’abo bona ka matsatsi ao ba sa sebetseng hore ba ba khothatse le ho etsa hore ho be le bonngoe, nakong eo ea pele.

Henrik Kovačić, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala, Croatia, o re: “Ke ile ka qeta hoo e ka bang selemo ke le molebeli oa potoloho ka mafelo a beke ke tsamaea le mosali oa ka, ’me hamorao ka ba molebeli ea tsamaeang oa nako e tletseng. Barab’abo rōna ba ne ba futsanehile haholo, ’me re ne re atisa ho fihlela libakeng tseo ho se nang lipompo tsa metsi kapa matloana a metsi. Empa barab’abo rōna ba ne ba ananela ketelo ea rōna haholo ’me ba re bontša lerato le ikhethang ba bile ba re amohela ka mofuthu. Kamehla ba ne ba re suthela libetheng tsa bona ’me ba re fa lijo, le hoja ba ne ba hloka. Liphuthehong tse ling, re ne re robala malapeng a sa tšoaneng bosiu ka bong, e le hore re se ke ra ba imetsa.”

Šandor Palfi, eo hona joale e leng setho sa Komiti ea Naha, Serbia, o re: “Ho ba molebeli ea tsamaeang ka mafelo a beke e ne e le phihlelo e babatsehang haholo, le hoja ho ne ho le thata. Barab’abo rōna ba ne ba re letela ka tjantjello hore re ba etele. Ba ne ba futsanehile, empa ba ne ba re tella sohle seo ba neng ba e-na le sona. Ba ne ba nka ketelo ea molebeli oa potoloho e le ketsahalo e ikhethang haholo.”

Ha Miloš Knežević e ntse e le molebeli oa potoloho, o ne a tsamaisa mosebetsi ofising ea lekala e Yugoslavia. Ka lilemo tse mashome tseo ho neng ho busa Makomonisi, Mor’abo rōna Knežević o ile a thusa barab’abo rōna haholo linthong tse ngata tseo ba neng ba qosoa ka tsona.

TSOELO-PELE E THABISANG MACEDONIA

Ka 1968, mohlankana e mong oa Kočani, Macedonia, o ne a kena k’holejeng e ’ngoe e Zagreb, e leng moo a ileng a fumana ’nete teng. Ha a khutlela hae, o ile a bolella beng ka eena le metsoalle litaba tse molemo.

Stojan Bogatinov, e leng motho oa pele oa ho kolobetsoa Kočani, o re: “Mohlankana eo e ne e le Motsoala. Ke ne ke sebetsa lebenkeleng la lijo ’me ka linako tse ling ’na le basebetsi-’moho re ne re bua ka bolumeli. Ka lekhetlo le leng ha re qeta ho buisana ka bolumeli, ho ile ha kena motho e mong oa Kereke ea Orthodox, a tlile lijong. Ha ke ntse ke mo fa lijo, ke ile ka mo kōpa hore a mphumanele Bibele kerekeng ea habo, hobane ke ne ke hlile ke batla ho ithuta ka Molimo. O ile a re o tla leka ho ntlisetsa eona. Ka mor’a nakoana, ke ile ka fumana Bibele ea ka ea ‘Testamente e Ncha.’ Ke ne ke thabile hoo eitseng ha ke tloha mosebetsing ke ileng ka potlakela hae ho ea e bala.

“Ha ke le tseleng, ke ile ka makala ha ke kopana le Motsoala, ea neng a khutlile Zagreb. O ile a nkōpa hore ke ee le eena habo, empa ke ile ka re nke ke ka khona kaha ke potlaketse ho ea hae ke il’o bala Bibele. Motsoala o ile a re: ‘Ke na le ntho e ’ngoe eo u tlang ho e thahasella. Lapeng koana ke na le libuka tse tla u thusa hore u utloisise Bibele.’ Ke ile ka ea le eena habo, ’me ka thaba ha ke bona hore o na le Bibele e feletseng, libukana le limakasine tsa Molula-Qhooa ka Secroatia. O ile a mpha lingoliloeng tse ling, ’me ka qala ho li bala hang-hang. Kapele-pele ke ile ka elelloa hore taba eo ke e balang ea ikhetha. Ke ne ke sa tsebe Paki le e ’ngoe ea Jehova, empa ke ne ke batla ho li tseba.

“Ha Motsoala a khutlela Zagreb, ke ile ka tsamaea le eena. Ha ke le moo, Paki e ’ngoe e thabelang ho amohela baeti, e bitsoang Ivica Pavlaković, e ile ea nkōpa hore ke lule ha eona, moo ke ileng ka hlola teng matsatsi a mararo. Nakong eo, ke ile ka e botsa lipotso tse ngata, ’me ka linako tsohle e ne e li araba ka Bibele, e leng se ileng sa nkhahla haholo. Ke ile ka ea sebokeng sa phutheho ’me ka khothatsoa ke kamoo barab’abo rōna ba neng ba le botsoalle kateng.

“Ivica o ile a nkisa Bethele e Zagreb, ’me ka tloha moo ke thabile ke bile ke kakatetse libuka tse ngata. Ka mor’a hore ke qete matsatsi a seng makae moo, ao nke keng ka hlola ke a lebala, ke ile ka khutlela Kočani ke nkile letlotlo la moea leo ke sa tsoa le fumana. Ho ne ho se na Lipaki haufi le moo ke lulang, kahoo ke ile ka qala ho ngollana le Ivica kamehla. Mangolong a ka ke ne ke botsa lipotso tse ngata, ’me o ne a li araba ha a ’ngolla. Ha ke ntse ke ithuta ka ho eketsehileng, ke ile ka bolella ba bang ’me mosali oa ka le bana ba ile ba qala ho bontša thahasello. Ka mor’a nakoana, re ne re se re le lelapa le momahaneng ’neteng ’me re ile ra ithuta lintho tse ngata ka Bibele. Re ne re thabetse seo, ’me ka cheseho ra qala ho bolella beng ka rōna le metsoalle litaba tse molemo; ba bangata ba ile ba re mamela. Empa re ne re hlorisoa ha re bolela litaba tse molemo.”

RE BOKANA HAMMOHO RE LE BONNGOENG JEREMANE

Le hoja barab’abo rōna ba Yugoslavia ba ne ba ntse ba tseba se etsahalang, ho fapana le ba linaheng tse ling tsa Bokomonisi, ba ne ba fokola ka palo ba bile ba labalabela ho utloa mofuthu oa lerato la bara ba motho lefatšeng ka bophara. Kahoo ha ba utloa hore ho ntse ho hlophisoa Kopano ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng” ka 1969, ba ile ba kōpa ’muso hore o ba lumelle ho tsoa ka har’a naha ba ee kopanong eo. Ak’u nahane hore na ba ile ba thaba hakaakang ha ba lumelloa hore ba ee!

Kopano eo e ne e tšoaretsoe lebaleng le leholo la lipapali Nuremberg, Jeremane, leo Hitler ea neng a entse litšoso tsa hore o tla felisa Lipaki Tsa Jehova, a neng a ile a bokanya sesole sa hae ho lona lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng. Lenaneo le ne le tšoeroe ka lipuo tse ngata, ’me batho ba tsoang Yugoslavia ba ile ba thaba ha ba utloa hore lenaneo la lipuo tsa bona le ne le tla tšoareloa sebakeng se entsoeng ka mapolanka, se haufi le lebala le leholo. Lebala leo le ne le arotsoe ke sethala se seholo, ba lutseng ka lehlakoreng le leng ba utloa lipuo ka Seserbia le Secroatia, ha ba lutseng ka lehlakoreng le leng ba ne ba li utloa ka Seslovenia. Lenaneo leo la matsatsi a robeli le ile la tebisa tsebo ’me la matlafatsa tumelo ea barab’abo rōna hakaakang!

Ho ne ho hiriloe literene le libese hohle Yugoslavia hore li ise batho Jeremane. Mor’abo rōna e mong ea neng a ea Jeremane a tsoa Croatia, o re: “Kaha re ne re thabetse ho kopana le bara le barali babo rōna, re ile ra beha liboto tse phatlalatsang kopano eo lifensetereng tsa makareche a terene eo re neng re e palame, re le motlotlo.”

Barab’abo rōna ba ile ba thabela ho bona le ho mamela lipuo tsa Nathan Knorr le Frederick Franz, ba neng ba tsoa ntlo-khōlō. Motho e mong ea neng a tlile kopanong o re: “Re ile ra sitoa ho ithiba ke thabo ha ba tlil’o re lumelisa karolong eo re neng re le ho eona ea lebala la lipapali.” Boitelo boo barab’abo rōna ba Yugoslavia ba neng ba bo entse hore ba be teng kopanong eo, e ne e se letho ha bo bapisoa le litlhohonolofatso tseo ba li thabetseng. Milosija Simić, ea neng a tsoa Serbia, o re: “Litjeo tsa ho ea kopanong li ne li nka moputso oa likhoeli tse peli, ’me ho ne ho le thata ho fuoa matsatsi a leshome a ho ba sieo mosebetsing. Ke ne ke sa kholiseha hore na ke tla be ke ntse ke e-na le mosebetsi ha ke khutla, empa ke ne ke ikemiselitse ho ea. Eo e bile phihlelo e hlollang! Esita le kajeno, ka mor’a lilemo tse ka bang 40, ke ntse ke seka meokho ea thabo ha ke hopola ketsahalo eo.” Ka mor’a hore barab’abo rōna ba kopane le Lipaki tse ling tse tsoang likarolong tsohle tsa Yugoslavia hore ba bone bonngoe ba machaba ba bara ba motho, ba ile ba khutlela hae ba matlafetse, ba ikemiselitse ho tobana le mathata a larileng ka pele.

BO-PULA-MALIBOHO BA YUGOSLAVIA BA KOALA SEKHEO

Bo-pula-maliboho ba Jeremane ba ileng ba fihla mathoasong a bo-1930 ba ne ba khathile tema e khōlō mosebetsing oa ho hasa litaba tse molemo. Kaha bahoeletsi ba ne ba eketsehile, barab’abo rōna ba bangata ba Yugoslavia ba ne ba nka bopula-maliboho. Ka mohlala, Slovenia e ne e le boemong bo botle ba hore e ka romela bo-pula-maliboho ba nang le phihlelo likarolong tse hōle haholo tsa Yugoslavia, moo ho neng ho hlokahala bahoeletsi ba eketsehileng. Bo-pula-maliboho bana ba ile ba iteta sebete ba ithuta lipuo le meetlo e mecha.

Jolanda Kocjančič o re: “Ke ile ka fihlela Priština, e leng motse o moholo ka ho fetisisa Kosovo. Ho buuoa Sealbania le Seserbia moo. Le hoja ’na le Minka Karlovšek re ne re sa tsebe ho bua lipuo tseo, re ile ra etsa qeto ea hore re qale ho bolela litaba tse molemo, ’me ke kamoo re ileng ra ithuta tsona kateng. Ntlong ea pele, re ile ra fumana mor’a letsibolo oa ’mè e mong oa mohlolohali oa Leczech. Re ile ra qala ho bua le eena ka Seslovenia se kopaneng le Seserbia, ra re, ‘Re ka rata ho buisana le ba lelapa leno ka litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng.’

“O ile a re: ‘Kenang, haesale ’Mè a le emetse.’

“Ha re kena, ’mè oa hae, Ružica, o ile a tla a potlakile ho tla re lumelisa. O ile a re hlalosetsa hore matsatsi a 14 pele ho moo, o ne a rapetse Jehova a kōpa hore a romele motho ea tlang ho mo ruta ka eena. Ausi oa hae, eo e leng Paki ea Jehova, ea lulang moo hona joale e seng e le Czech Republic, o ne a mo khothalelitse ka makhetlo ho rapela Jehova hore a mo thuse. Ružica o ne a kholisehile hore ketelo ea rōna ke karabo ea thapelo ea hae. Kahoo, ha Ružica a ne a re ruta Seserbia, rōna re ne re mo ruta ’nete ea Bibele. O ne a hiriselitse bana ba sekolo ha hae ’me ba ne ba e-ba teng ha re ithuta Bibele. E mong oa bona o ile a re fa dikishinari ea Sealbania, e ileng ea re thusa hore re ithute puo eo.”

Zoran Lalović oa Montenegro, e ne e sa le moshanyana ha pula-maliboho e mong oa Zagreb, Croatia a mo fa Bibele. Ka 1980, e leng lilemo tse hlano hamorao, ho ile ha fihla pula-maliboho e mong ea khethehileng a tsoa Serbia ’me a ithuta le eena. Zoran o re: “Ke ne ke thatafalloa hore ke khaohane le metsoalle ea ka eo ke neng ke ea disco le eona. Empa eitse ha ke qeteletse ke khaohane le eona, ke ile ka hatela pele ka potlako ’me likhoeli tse ’maloa feela hamorao ke ile ka kolobetsoa Belgrade, Serbia. Kapele ka mor’a moo, ke ile ka abeloa ho fana ka puo ea phatlalatsa, kaha barab’abo rōna ba ne ba fokola ka palo. Re ile ra boela ra qala ho tšoara liboka tsohle motseng oa Podgorica.”

BA KOLOBELETSOA MASIMONG A RAESE

Stojan Bogatinov, oa Macedonia o re: “Ha batho ba ne ba loketse hore ba kolobetsoe, ke ne ke ba kolobetsa. Re ne re se na bate eo re ka e sebelisang ’me molatsoana o haufi le moo o ne o le monyenyane haholo. Leha ho le joalo, ha habo rōna ho na le masimo a mangata a raese a nang le liforo tsa metsi. Tse ling li ne li tebile li bile li na le metsi a hloekileng ao ho ka kolobelletsoang batho ka ho ’ona. Ke hopola ha ke qala ho kolobelletsa batho masimong a raese. Ha re feta tšimong e ’ngoe, motho e mong o ile a nkhoeletsa, a re, ‘Stojan, u etsa letsema ka ba bacha joale!’

“Ke ile ka mo araba, ka re: ‘Ehlile ho joalo, mosebetsi o mongata haholo.’ Ba ne ba sa tsebe hore re etsa mosebetsi oa kotulo ea moea o neng o ntse o tsoela pele Macedonia.”

Barab’abo rōna ba Macedonia ba ne ba sa khone ho buisana le ofisi ea lekala ka bolokolohi, ’me ba ne ba ntse ba lokela ho ithuta lintho tse ngata mabapi le tsamaiso ea puso ea Molimo. Stojan Stojmilov o ile a qala ho ea libokeng ha a le Jeremane, ’me ha a khutlela Macedonia o ile a thaba ha a fumana hore ho na le Lipaki Kočani. O re: “Eitse ha ke fihla ’me ke bolella barab’abo rōna hore na liboka li tsamaisoa joang Jeremane, kapele-pele ba ile ba nkōpa hore ke khanne Thuto ea Molula-Qhooa ke be ke fane ka puo ea phatlalatsa. Ke ile ka ba hlalosetsa hore ha ke e-s’o kolobetsoe, empa ba mphehella kaha ba ne ba nka hore kea tšoaneleha. Kahoo ke ile ka lumela. Qetellong, ’na le mosali oa ka re ile ra hatela pele ’me le rōna ra kolobelletsoa masimong a raese.”

Veselin Iliev, ea sebeletsang e le moholo, Kočani, o re: “Re ne re se na tsebo e kaalo ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo, empa re ne re rata ’nete haholo.” Ha nako e ntse e feta, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore litaba lia lokisoa. Har’a tse ling, ho hlahisoa ha lingoliloeng tse eketsehileng ka Semacedonia ho ile ha etsa hore ’nete ea ’Muso e tsoele pele haholo ’me liphutheho li matlafatsoe.

HO SEBELISA BOLOKOLOHI BO EKETSEHILENG KA BOHLALE

Kaha Yugoslavia e ne e sa laoloe ke Russia, batho ba teng ba ne ba e-na le bolokolohi boo ba neng ba ke ke ba e-ba le bona lirephabliking tse neng li laoloa ke Soviet Union. Ho elella bofelong ba lilemo tsa bo-1960, Yugoslavia e bile eona naha ea pele ea Bokomonisi e ileng ea felisa li-visa le ho khoehlisa letsoho tabeng ea ho lumella batho ho tšela meeling ea eona. Barab’abo rōna ba karolong e ka leboea ea Yugoslavia ba ile ba sebelisa bolokolohi bona bo eketsehileng ba ho tsamaea hore ba ise lingoliloeng linaheng tse moeling oa Soviet Union, moo mosebetsi oa boboleli o neng o ntse o thibetsoe.

Ba ile ba qala ka ho tlisa lingoliloeng Yugoslavia li tsoa Jeremane ka likoloi tse tsamaisang thepa. Ðuro Landić, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala ea Croatia, o hopola hore ntlo eabo e ne e sebelisetsoa ho beha libuka ho fihlela ha puso ea Soviet Union e putlama. Ðuro o re: “Likoloi tsa lapeng li ne li haheletsoe likarolo tse patehileng, tse ling li le tlas’a lidesheboto. Re ne re tseba hore haeba re ka tšoaroa, likoloi tseso li ne li tla nkuoa, ’me re isoe teronkong, empa seo e ne e se letho ha se bapisoa le kamoo barab’abo rōna ba neng ba thaba kateng ha ba fumana lingoliloeng tseo.”

Morali’abo rōna Milosija Simić, ea neng a isa lingoliloeng Bulgaria, a li tlosa Serbia, o re: “Ho ne ho se mohla ke tsebang motho eo ke isang lingoliloeng ho eena—ke ne ke fuoa aterese ea hae feela. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka theoha beseng ’me ka fumana ntlo eo ke neng ke ea ho eona, empa ho ne ho se na motho. Ke ile ka khutlela ntlong eo ka makhetlo, ke ntse ke hlaha ka litsela tse sa tšoaneng. Empa ho ne ho ntse ho se na motho. Ke ile ka qeta letsatsi lohle ke ntse ke e pota-pota ka makhetlo a ka bang leshome, ke patile mohoasa, ke sa batle ho tsosa libata masene. Empa ha kea ka ka fumana motho moo. Eo e bile tlhohonolofatso e khōlō, hobane hamorao ke ile ka hlokomela hore aterese eo e ne e fosahetse.

“Kaha ke ne ke sebelitse ka thata hore ke kopitse lingoliloeng le ho li thaepa hangata, ke ne ke tšoere bothata. Ke ne nke ke ka li lahla habonolo feela. Kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho li khutlisetsa Serbia moo li neng li ka tsoela batho molemo. Le hoja ke ne ke rekile tekete ea ho ea le ho khutla, ke ne ke ntse ke hloka tekete ea ho ea seteisheneng se latelang. Ka tloaelo, barab’abo rōna bao ke neng ke ba isetsa lingoliloeng ba ne ba mpha chelete ea ho reka tekete e ’ngoe. Re ne re etsa seo hobane re ne re beheloa moeli oa hore na re ka kena naheng e ’ngoe re nkile chelete e kae. Ha ke atamela fensetereng ea litekete, ke ile ka rapela hore ke mpe ke fumane e le motho oa mosali ea li rekisang. Eitse ha ke fihla feela, monna ea neng a ntse a le fensetereng moo o ile a tloha eaba ho kena mosali. Ke ile ka mo kōpa hore a nke liaparo tseo re neng re li sebelisitse ho thatela lingoliloeng ’me eena a mphe tekete. O ile a lumela, eaba ke fumana tekete.”

Mathoasong a lilemo tsa bo-1980, barab’abo rōna ba ile ba fetolela lingoliloeng ka Sealbania le Semacedonia ’me ba romela likopi tse ngotsoeng ka letsoho ofising e nyenyane e Belgrade. Ha li fihla, Milosija o ne a sebelisa mochine oa ho thaepa le pampiri ea k’habone ’me a etsa likopi tse robeli ka nako e le ’ngoe. E ne e le kabelo e boima hobane boitsebiso boo bo ne bo ngotsoe ka letsoho ebile a sa tsebe le lipuo tseo hantle.

BARAB’ABO RŌNA BA BACHA BA EMA BA TIILE

Le hoja ka molao re ne re e-na le tokoloho ea bolumeli, ’muso o ne o talima boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore bo sokela bonngoe ba Yugoslavia. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ile ba hanyetsoa. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ba bangata ba ile ba tšepahala ho isa lefung, ba bolaeloa ho se nke lehlakore. Empa lilemong tse mashome a mararo tse ileng tsa latela, ba bang ha baa ka ba bontša tumelo e matla joalo. Ba bang ba ne ba ea libokeng tsa Bokreste ’me ba tšehetsa mosebetsi oa ’Muso, empa ha ba bitsetsoa ho ea bosoleng, ba ne ba batla mabaka ao ka ’ona ba lokafatsang hore ba ee.

Barab’abo rōna ba bacha ba neng ba sa nke lehlakore ba ne ba ahloleloa lilemo tse ka bang leshome teronkong. Ho feta moo ba ne ba ka ’na ba ahloloa ka makhetlo a mangata pele ba e-ba le lilemo tse 30. Ba bang ba neng ba hanne ho inehela litekong tseo tsa botšepehi ba ne ba le bacha haholo ’neteng. Hona joale ba bangata ba bona ke barab’abo rōna ba nang le boikarabelo ’me ba etella pele liphuthehong.

KOPANO EA MACHABA E AMANG MAIKUTLO

Lipaki Tsa Jehova tsa Yugoslavia li ne li e-s’o ka li utloa thabo ea ho tšoara kopano ea machaba. Ak’u nahane hore na li ile tsa thaba hakaakang ha ka 1991 Sehlopha se Busang se tsebisa hore e ’ngoe ea likopano tsa machaba tsa “Barati ba Tokoloho” e ne e tla tšoareloa Zagreb, Croatia!

Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le mathata. Ho tloha ha Croatia e phatlalatsa hore e itokolla ho Yugoslavia, ho ile ha foka moea oa ntoa. Na e ne e tla be e le bohlale ho tšoarela kopano moo? Ntho e ka sehloohong e ne e le hore batho ba tlileng kopanong, ba tsoang linaheng tse ling le ba moo, ba sireletsehe. Ka mor’a ho qeta nako ba rapela le ho nahana ka lintlha tsohle tse amehang, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho tsoela pele ka litokisetso tsa kopano.

Theodore Jaracz, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a ea Croatia libeke tse ’maloa pele ho kopano e le hore a thuse ka litokisetso. Kaha mekete eohle ea sechaba e ne e hlakotsoe Zagreb, batho ba ile ba thahasella se neng se tla etsahala Lebaleng la Lipapali la Dinamo. Ha nako ea kopano e ntse e atamela, naha e ile ea tsoela pele ho hloka botsitso. Letsatsi le letsatsi, barab’abo rōna ba ne ba hlahloba hore na maemo a kotsi hakae, ’me ba lula ba ipotsa potso e le ’ngoe—Re tsoele pele ka litokisetso tsa kopano, kapa re e hlakole? Barab’abo rōna ba ile ba phehella ho rapela Jehova ka tieo, ba kōpa hore a ba tataise. Ho makatsang ke hore maemo a lipolotiki a ile a tsitsa, ’me ba khona ho tšoara kopano ho tloha ka la 16 ho ea ho la 18 August, 1991.

Ho ne ho hlolla ho bona phapang e neng e le teng moo. Le hoja linaha tsa boahelani li ne li le mothating oa ho loantšana, Lipaki Tsa Jehova tsa Croatia li ne li amohela baeti ba likete ba tlileng kopanong ea machaba ea “Barati ba Tokoloho ea Bomolimo.”b Ha batho ba bangata ba moo ba ne ba baleha naheng, bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse 15 ba ne ba bokana hammoho ka lerato le ka bolokolohi. Ho ile ha fihla litiletile tse tsoang United States, Canada le linaheng tse ling tsa Bophirimela, ka lifofane. Kaha masole a ne a koetse sebaka, boema-fofane ba Zagreb bo ile ba koaloa ’me lifofane tsa tlameha ho fihlela Ljubljana, Slovenia. Ho tloha moo, baeti ba tlileng kopanong ba ile ba tsamaea ka libese ho leba Zagreb. Tsela eo bara bana babo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba neng ba le sebete ka eona e ile ea fana ka bopaki bo botle ho ba shebeletseng, ’me boteng ba bona ba khothatsa barab’abo rōna ba moo haholo. Sehlopha se seholo ka ho fetisisa—sa batho ba ka bang 3 000—se ne se tsoa Italy. Kameho ea bona e mofuthu le nyakallo li ne li etsa hore kopano e chese.—1 Bathes. 5:19.

Ho ba teng ha litho tse hlano tsa Sehlopha se Busang ho ile ha matlafatsa tumelo ea barab’abo rōna haholo. Ho fihlela kajeno, ba bangata ba ntse ba hopola ka thabo e khōlō lipuo tse ileng tsa fanoa ke Carey Barber, Lloyd Barry, Milton Henschel, Theodore Jaracz le Lyman Swingle. Bara bana babo rōna ba nang le phihlelo ea lilemo tse ngata ha baa ka ba nyahamisoa ke merusu e neng e le teng moo, empa ba ile ba kena naheng eo ka sebete ba ikemiselitse ho matlafatsa barab’abo rōna ka lipuo tse khothatsang.

Ka lebaka la maemo a sa tsitsang a lipolotiki, ba boholong ba ne ba nahana hore batho ba merabe e fapaneng ba tlileng kopanong, ba tsoa likarolong tse sa tšoaneng tsa Yugoslavia, ba tla loantšana. Ba ile ba ikutloa ba lokolohile hakaakang ha ba ba bona ba bokane hammoho ka khotso ’me ba bontšana lerato le mofuthu la bara ba motho! Letsatsi ka leng, palo ea mapolesa a tlang moo e ne e fokotseha.

Kopano ena e hopolehang e ile ea bontša hore Lipaki Tsa Jehova ke mokhatlo oa ’nete oa bara ba motho oa machaba. Ho nahana ka sena ho ne ho tla thusa barab’abo rōna hore ba lule ba le bonngoeng ha ba thulana le liteko tse neng li larile ka pele. Libese tse neng li khutlisetsa barab’abo rōna Serbia le Macedonia ha ba tsoa kopanong, ke tse ling tsa likoloi tsa ho qetela tse ileng tsa hlahlojoa moeling o pakeng tsa Croatia le Serbia. Ha barab’abo rōna ba qeta ho feta ba bolokehile, moeli o ile oa koaloa. Ba bangata ba re ntoa e ile ea qala ka eona nako eo.

Likhoeli le lilemo ka mor’a moo, libaka tseo pele e neng e le lirephabliki tsa Yugoslavia li ile tsa fetoha linaha tse ikemetseng tse nang le mebuso ea tsona. Batho ba likete tse mashome ba ile ba shoa ka lebaka la merusu e ileng ea latela ’me ea baka mahlomola a tšabehang. Ho ile ha etsahala’ng ka barab’abo rōna nakong eo ea merusu? Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso joang linaheng tsee, tseo joale li seng li ipusa? A re boneng.

Histori ea Kajeno ea Bosnia le Herzegovina

“Ka la 16 May, 1992, re ne re khobokane re le batho ba ka bang 13 ka ntlong e ’ngoe ha likanono li ntse li ruthutha Sarajevo ka liqhomane. Liqhomane tse peli li ile tsa otla mohaho oo re neng re tšabetse ho oona. Le hoja re ne re le Macroatia, Maserbia le Mabosnia—e leng eona merabe e neng e bolaeana ka ntle—rōna re ne re momahane borapeling bo hloekileng. Hoseng ka le hlahlamang, ha liqhomane li fokotsehile, re ile ra tsoa ntlong eo, re il’o batla moo ho sireletsehileng. Joalokaha re ne re entse bosiung bo fetileng, re ile ra ipiletsa ho Jehova ka thapelo, ’me a re utloa.”—Halim Curi.

Sarajevo, e neng e e-na le baahi ba fetang 400 000, e ne e tjamelane le bothata ba ho thibelloa, e leng se seng sa libaka tse thibeletsoeng nako e telele ka ho fetisisa mehleng ea kajeno. Bara le barali babo rōna ba ne ba tla etsa joang ntoeng eo ea merabe le ea bolumeli e neng e tsekolla naha? Pele re pheta pale ea bona, e-re re u phetele hanyenyane ka Bosnia le Herzegovina.

Naha ena e bitsoang Bosnia le Herzegovina e bohareng ba Yugoslavia ea mehleng ’me e pota-potiloe ke Croatia, Serbia le Montenegro. Batho ba teng ba rata setso ebile ba na le maqhama a matla a lelapa ’me ba rata ho amohela baeti ka mofuthu. Batho ba moo ba atisa ho phomotsa kelello ka ho iphokela kofi ea Turkey le baahelani le ho qeta nako e telele ba le kafići (mabenkeleng a phomosetsang bareki kofi). Le hoja ba tšoana ka litšobotsi, baahi ba Bosnia ke Mabosnia, Maserbia le Macroatia. Ba bangata ha ba inke e le batho ba inehetseng haholo litabeng tsa bolumeli; empa bolumeli ke bona bo ba arohantseng. Mabosnia a mangata ke Mamosleme, ha Maserbia a mangata a kena Kereke ea Orthodox ea Serbia ’me Macroatia a mangata a kena Kereke ea Roma e K’hatholike.

Ho khesana ho matla ha malumeli le ho hloeana ha merabe ho entse hore lilemong tse qalang tsa bo-1990 ho etsoe leano le sehlōhō la tlhoekiso ea merabe. Mabotho a futuhang a ile a leleka batho metseng e meholo le metsaneng, e le hore ho sale merabe ea malumeli a itseng feela. Sena se ile sa bakela bara le barali babo rōna liteko ka lebaka la ho se nke lehlakore. Bosnia, joaloka linaheng tse ling tsa Yugoslavia ea mehleng, batho ba bangata ba latela bolumeli ba batsoali ba bona, ’me hangata lifane tsa bona li bontša hore na lelapa le itseng ke la bolumeli bofe. Ha batho ba lipelo li tšepahalang e e-ba basebeletsi ba Jehova, ba ka ’na ba talingoa e le mahlaba-phio malapeng le meetlong eabo bona. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ithutile hore ho tšepahala ho Jehova hoa ba sireletsa.

MOTSE OA THIBELLOA

Joalokaha re se re bone, barab’abo rōna ba Yugoslavia ba ile ba susumetsoa haholo ke lerato le bonngoe tse neng li bontšitsoe kopanong ea “Barati ba Tokoloho ea Bomolimo” e neng e tšoaretsoe Zagreb, Croatia, ka 1991. Kopano ena e sa lebaleheng e ile ea ba matlafalletsa liteko tse neng li larile ka pele. Ka nako e ’ngoe, Mabosnia, Maserbia le Macroatia a ne a phela hammoho ka khotso, Sarajevo. Empa ka ho panya ha leihlo feela, motse o ile oa pota-potoa ke masole ’me batho bohle—ho akarelletsa le barab’abo rōna, ba qabelloa ka hare. Le hoja ho ne ho tletse moferefere lipolotiking, ho ne ho se ea tsebang hore na ntoa eo e tla nka nako e kae.

Halim Curi, eo e leng moholo Sarajevo, o ile a re: “Batho ba bolaoa ke tlala. Khoeli ka ’ngoe ba fuoa phofshoana ea lik’hilograma tse seng kae, tsoekere ea ligrama tse 100 le oli e etsang halofo ea lithara. Sebaka se teng motseng se sebelisetsoa ho lema meroho. Batho ba rema lifate tsa Sarajevo ba etsa patsi. Ha lifate li felile, ba qhibolla mapolanka fatše ka matlong hore ba etse libeso e le hore ba phehe le ho iphuthumatsa. Ba besa ntho leha e le efe e ka tukang, esita le lieta tsa khale.”

Ha Sarajevo e ne e thibelloa, Ljiljana Ninković le monna oa hae, Nenad, ba ile ba iphumana ba qabeletsoe ba bile ba arohantsoe le barali ba bona ba babeli. Ljiljana o re: “Re ne re le lelapa le tloaelehileng, re e-na le bana ba babeli, ntlo le koloi. Eaba ka tšohanyetso ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea fetoha.”

Empa khafetsa Jehova o ne a ba sireletsa. Ljiljana o tsoela pele, o re: “Bomo e ile ea otla ntlong ea rōna ka makhetlo a mabeli hang feela ha re qeta ho tsoa. Ho sa tsotellehe mathata ao re neng re kopana le ’ona, re ne re thabisoa ke ho etsa lintho tse nyenyane. Ka mohlala, re ne re thabela ho ea serapeng sa boikhathollo re il’o kha makhasi a dandelion hore re etse salate e le hore re se ke ra ja raese e tšoeu e le joalo. Re ithutile ho khotsofalla seo re nang le sona le hore re se ke ra khella ntho leha e le efe fatše.”

HO FUMANA LIJO TSA NAMA LE TSA MOEA

Bothata bo bong bo boholo e ne e le ba ho fumana metsi. E ne e ba seoelo ho bang le metsi ka matlung. Batho ba ne ba tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang hlano ho ea kha metsi, ba feta le moo litlokotsebe li ratang ho lalla batho teng. Ha ba fihla moo ho khuoang metsi, ba ne ba lokela ho ema lihora ba le meleng ba emetse ho khelella linkho tsa bona, ba ntan’o li kakasa ho ea hae.

Halim o re: “Re ile ra hlaheloa ke teko ha re utloa hore ho tla ba le metsi ka matlung ka nakoana. Ka nako eo, batho bohle ba ne ba tla tlameha hore ba hlape, ba hlatsoe liaparo, ba khe metsi a mangata ka hohle kamoo ba ka khonang kateng ’me ba a boloke ka linkho. Empa re ne re tla etsa joang haeba nako ena eo e leng khale re e emetse e thulana le nako ea ho ea libokeng? Re ne re tla lokela ho etsa qeto—ea hore na re ee libokeng kapa re lule hae, re khe metsi.”

Le hoja lijo tsa nama li ne li hlokahala, barab’abo rōna ba ne ba tseba kamoo lijo tsa moea e leng tsa bohlokoa kateng. Ha barab’abo rōna ba le libokeng, ba ne ba fumana lijo tsa moea ba bile ba bolelloa hore na ke bo-mang ba tšoeroeng, ba tsoileng likotsi, esita le ba bolailoeng. Milutin Pajić, ea sebeletsang e le moholo phuthehong, o re: “Re ne re tšoana le lelapa. Ha re le libokeng, re ne re sa batle ho tsamaea. Hangata ka mor’a liboka, re ne re qeta lihora tse ngata re buisana ka ’nete.”

Bophelo bo ne bo le boima, ’me hangata barab’abo rōna ba ne ba tšaba hore ba tla bolaoa. Leha ho le joalo, ba ne ba eteletsa lintho tsa moea pele. Ha ntoa e ntse e senya naha, batho ba Jehova bona ba ile ba atamelana haufi ba ba ba atamela haufi le Ntate oa bona oa leholimo. Bana ba ne ba bona kamoo batsoali ba bona ba tšepahalang kateng ’me le bona ba ithuta ho tšepahala ho Jehova ba sa thekesele.

Ho ile ha feta lilemo tse ka bang ’nè motse oa Bihać, o haufi le moeli oa Croatia, o thibeletsoe. Batho ba moo ba ne ba sa khone ho tsoa ’me liphallelo li sa khone ho kena. Osman Šaćirbegović, eo e neng e le eena feela mor’abo rōna motseng oo, o re: “Ho ne ho hlile ho nyolosetsa qalong, eseng hobane lintho li ne li le thata hakaalo empa hobane re ne re qala ho tobana le boemo bo joalo. Ho makatsang ke hore ha ba qala ho sebelisa liqhomane, tsitsipano e ile ea fokotseha kaha re ile ra hlokomela hore hase liqhomane tsohle tse bolaeang. Tse ling ebile ha li phatlohe.”

Kaha ho ne ho sa tsejoe hore na ntoa e tla nka nako e telele hakae, lehae la Bethele le Zagreb, Croatia, le le Vienna, Austria, a ile a etsa tokisetso ea ho boloka thepa ea liphallelo Liholong Tsa ’Muso le malapeng a Lipaki, Sarajevo, Zenica, Tuzla, Mostar, Travnik le Bihać. Ha ntoa e ntse e kupa, ka tšohanyetso metse e ile ea lika-liketsoa ’me ea thibelloa. Ha mokhoa oa ho tlisa liphallelo o khaotsa ho sa lebelloa, liphallelo li ile tsa fela ka potlako. Le hoja batho ba metseng ea Bosnia ba ne ba sa khone ho buisana le ba likarolong tse ling tsa lefatše, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa lula li tiile, li le bonngoeng. Seo se ne se fapane ka ho feletseng le lehloeo le matla la merabe le la bolumeli le neng le rena naheng eohle.

BA NE BA CHESEHA EMPA BA LE HLOKOLOSI

Ho phaella bothateng ba ho fumana litlhoko tsa letsatsi le letsatsi, ho ne ho boetse ho e-na le litlokotsebe tse lallang batho Sarajevo, tse neng li thunya baahi ba se nang molato, li sa khethe. Litlhaselo tsa liqhomane li ile tsa tsoela pele ho bolaea batho. Ka linako tse ling ho ne ho le kotsi ho tsamaea metseng e thibeletsoeng. Batho ba ne ba phela tšabong e khōlō. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba sebelisa bohlale le sebete ’me ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso bathong ba neng ba hloka matšeliso ka tieo.

Moholo e mong o re: “Ka nako e ’ngoe ha ho ne ho hlaseloa Sarajevo ka matla, ho ile ha phatloha liqhomane tse likete ka letsatsi. Hoseng ha Moqebelo oo, barab’abo rōna ba ile ba founela baholo, ba ba botsa hore na seboka sa tšebeletso ea tšimo se tla tšoareloa hokae.”

Morali e mong oabo rōna o re: “Ke ile ka hlokomela hore batho ba hloka ’nete ka tieo. Sena ke sona se ileng sa nthusa hore ke mamelle maemong ao a thata ke be ke thabe.”

Baahi ba bangata ba moo ba ile ba hlokomela hore ba hloka tšepo eo Bibele e fanang ka eona. Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Batho ke bona ba re batlang hore re ba thuse moeeng, ho e-na le hore rōna re ba batle. Ba itlela Holong ea ’Muso ebe ba kōpa hore re ba rute.”

Ntho e ka sehloohong e ileng ea atlehisa mosebetsi oa boboleli nakong ea ntoa ke bonngoe ba rōna ba Bokreste, boo batho ba neng ba bo bona ka ho hlaka. Morali e mong oabo rōna ea bitsoang Nada Bešker, ea sebelelitseng e le pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse ngata, o re: “Seo se ile sa fana ka bopaki bo boholo. Batho ba bangata ba ne ba bona barab’abo rōna ba Mabosnia le Maserbia ba sebetsa hammoho tšebeletsong ea tšimo. Le ha ba ne ba bona morali’abo rōna oa Mocroatia a e-na le e mong eo pele e neng e le Momosleme, ba ithuta le Moserbia, ba ne ba bona ka ho hlaka hore ha re tšoane le batho ba bang.”

Liphello tsa cheseho ea barab’abo rōna lia bonahala esita le kajeno, hobane batho ba bangata ba sebeletsang Jehova hona joale, ba ile ba amohela ’nete nakong ea ntoa. Ka mohlala, palo ea bahoeletsi phuthehong ea Banja Luka e ile ea eketseha habeli, le hoja ba lekholo ba ne ba falletse liphuthehong tse ling.

LELAPA LE TŠEPAHALANG

Kamehla barab’abo rōna ba ne ba le hlokolosi haholo. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba shoa ka lebaka la ho hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” ha ba ne ba le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng, ebile ho se letho leo ba ka le etsang ho qoba seo. (Moek. 9:11) Božo Ðorem oa Moserbia, o ile a kolobetsoa kopanong ea machaba ea Zagreb ka 1991. Ka mor’a hore a khutlele Sarajevo, o ile a koalloa teronkong ka makhetlo a ’maloa, moo a ileng a tšoaroa hampe ka lebaka la ho se nke lehlakore. Ka 1994, o ile a ahloleloa ho ea teronkong ka likhoeli tse 14. Ntho e neng e mo thatafalla ka ho fetisisa ke hore ebe o ne a sa khone ho ba le mosali oa hae, Hena, le moralinyana oa bona ea lilemo li hlano, Magdalena.

Nakoana ka mor’a hore Božo a tsoe teronkong, ba ile ba oeloa ke tlokotsi. Thapameng e ’ngoe e khutsitseng, ba ile ba tsamaea ba le bararo ho ea khanna thuto ea Bibele lelapeng le leng le haufi le la bona. Ha ba le tseleng, khutso eo e ile ea fela ha seqhomane se phatloha ka tšohanyetso. Hena le Magdalena ba ile ba shoa hang-hang, ’me Božo a shoella sepetlele hamorao.

HO SE NKE LEHLAKORE HA BAKRESTE

Kaha batho ba ne ba tletse moea oa khethollo, ba ne ba sa batle ho utloa letho ka ba sa nkeng lehlakore. Phuthehong ea Banja Luka, ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba bangata ba bacha bao masole a neng a batla ho ba isa ntoeng. Ba ile ba otloa hobane ba ne ba sa nke lehlakore.

Osman Šaćirbegović o re: “Mapolesa a ne a re hloma lipotso a bile a re re makoala ka hore ebe ha re sireletse ba malapa a rōna.”

Osman o ne a behela mapolesa ao mabaka ka tsela ena: “Akere sethunya seo sa hao ke sona se u sireletsang?”

Mapolesa a ne a re: “Le joale boo.”

“Na u ka lumela ha motho e mong a u fa kanono hore u itšireletse ka eona, uena u mo fe sethunya?”

“E, nka lumela.”

“Na u ka fana ka kanono eo hore u fumane koloi ea ntoa?”

“Ehlile, nka etsa joalo.”

Ebe Osman o re: “U ne u tla etsa lintho tsena kaofela e le hore u fumane tšireletso e matla le ho feta. ’Na ke sireletsoa ke Jehova, Molimo ea matla ’ohle, ’Mōpi oa bokahohle. Na nka fumana tšireletso e molemo ho feta eo?” Mapolesa a ne a utloisisa seo a se buang, ebe aa mo tlohela.

LIPHALLELO LIA FIHLA

Le hoja barab’abo rōna ba linaheng tsa boahelani ba ne ba tseba hore Lipaki tsa Bosnia li mathateng, ho ile ha feta nako e itseng ba sa khone ho isetsa barab’abo rōna ba hlokang liphallelo. Joale ka October 1993, ba boholong ba ile ba bolela hore ho ka ’na ha khoneha hore ho isoe liphallelo. Ho sa tsotellehe likotsi tse amehang, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho sebelisa monyetla oo. Ka la 26 October, literaka tse hlano li ile tsa tloha Vienna, Austria, li leba Bosnia, li laetse lijo le patsi tsa boima ba lithane tse 16. Literaka tseo li ne li tla feta joang libakeng tse ngata moo ntoa e neng e ntse e kupa?c

Ka linako tse ling, barab’abo rōna ba ne ba e-ba kotsing e khōlō ha ba le leetong. Mokhanni e mong oa hopola: “Ke ile ka lieha ho tloha hoseng hoo, eaba ke iphumana ke le ka mor’a literaka tse ling tse neng li isa liphallelo. Ha ke atamela moo ho ntseng ho hlahlojoa likoloi, literaka tseo kaofela li ile tsa ema ’me liofisiri tsa hlahloba lipampiri. Ka tšohanyetso, ke ile ka utloa molumo oa sethunya sa litlokotsebe tse lallang batho, ’me ra bona hore mokhanni e mong oa teraka, eo e seng Paki o thuntsoe.”

Bakhanni ba literaka ke bona feela ba neng ba lumelloa ho kena Sarajevo, kahoo barab’abo rōna ba bang ba neng ba tsamaea le bona ba ne ba tlameha ho ema ka ntle ho motse oo. Empa kaha ba ne ba ntse ba ikemiselitse ho khothatsa barab’abo rōna ba moo, ba ile ba batla thelefono, ba letsetsa bahoeletsi ba Sarajevo, ’me ba ba fa puo ea phatlalatsa e khothatsang, eo ba neng ba e hloka haholo. Khafetsa nakong ea ntoa, balebeli ba tsamaeang, basebeletsi ba Bethele le litho tsa Komiti ea Naha ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le ho thusa barab’abo rōna hore ba lule ba phela nameng le moeeng.

Ho ile ha feta lilemo tse ka bang ’nè barab’abo rōna ba Bihać ba sa khone ho romelloa thepa. Le hoja lijo tsa nama li ne li sa fete lithibelleng tse neng li arotse motse oo le libaka tse ling, barab’abo rōna ba ile ba ’na ba fumana lijo tsa moea. Joang? Ba ne ba sebelisa thelefono le mochine oa fax, tse neng li ba thusa hore nako le nako ba ’ne ba fumane Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le limakasine tsa Molula-Qhooa. Ba ne ba boela ba thaepa likopi tseo ebe ba fa lelapa ka leng kopi. Ha ntoa e qala, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba bararo feela ba kolobelitsoeng sebakeng seo. Ho ne ho boetse ho e-na le bahoeletsi ba 12 ba sa kolobetsoang, ba ileng ba qeta lilemo tse peli ba emetse ka tjantjello hore ba fumane monyetla oa ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova ka hore ba kolobetsoe metsing.

E ne e le phephetso ho thibelloa ka lilemo tse ngata hakaalo. Osman o re: “Lithuto tsa ka tsa Bibele li ne li e-s’o ka li ea kopanong li bile li e-s’o ka li bona ketelo ea molebeli oa potoloho. Khafetsa re ne re bua ka nako eo re tla khona ho thabela botsoalle le barab’abo rōna.”

Ak’u nahane hore na barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang ka la 11 August, 1995, ha ho fihla likoloi tse peli Bihać, tse neng li ngotsoe ka mongolo o moholo, o reng, “Liphallelo Tsa Lipaki Tsa Jehova.” Ho tloha ha motse ona o ne o thibelloa, likoloi tsena e ne e le tsona tsa pele tsa praefete tse ileng tsa tlisa liphallelo! Li ile tsa fihla hantle ka nako eo barab’abo rōna ba neng ba utloa hore joale ba felloa ke matla ’meleng le kelellong.

Baahi ba Bihać ba ne ba bona kamoo barab’abo rōna ba hlokomelanang kateng, ka hore har’a tse ling ba lokise lifensetere tse senyehileng. Osman o re: “Baahelani ba ka ba ile ba khahloa ke seo, kaha ba ne ba tseba hore ha re na chelete. Seo e ne e le bopaki bo matla boo le kajeno ba ntseng ba bua ka bona.” Hona joale Bihać ho na le phutheho e chesehang e nang le bahoeletsi ba 34 le bo-pula-maliboho ba 5.

LEETO LE SA LEBALEHENG!

Ka makhetlo, barab’abo rōna ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing hore ba ise lijo le lingoliloeng metseng e neng e sentsoe ke ntoa, Bosnia. Empa leeto la la 7 June, 1994, le ne le fapane le a mang. Hoseng hoo, literaka tse tharo tse salaneng morao tse nkileng litho tsa Komiti ea Naha le basebetsi ba bang li ile tsa tloha Zagreb, Croatia. Sepheo e ne e le ho isa liphallelo le ho ea tšoara lenaneo le khutsufalitsoeng la kopano e khethehileng ea letsatsi, e le ea pele ka mor’a lilemo tse tharo!

Sebaka se seng seo lenaneo lena le khethehileng le neng le tla tšoareloa ho sona ke motse oa Tuzla. Ha ntoa e qala, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 20 feela ba kolobelitsoeng phuthehong eo. Re ile ra makala hakaakang ha re bona batho ba fetang 200 ba bokane ho tla mamela lenaneo la kopano! Ho ile ha kolobetsoa batho ba 30. Kajeno, Tuzla ho na le liphutheho tse tharo tse nang le bahoeletsi ba fetang 300.

Zenica, barab’abo rōna ba ile ba fumana sebaka se loketseng sa ho tšoarela kopano, empa ba thatafalloa ho fumana letamo le loketseng bakeng sa kolobetso. Qetellong, ka mor’a ho nyolosa ba theosa, ba ile ba fumana moqomo oo ba neng ba ka o sebelisa. Bothata feela ke hore o ne o nkha—ho ne ho tšeloa litlhapi ka ho oona! Leha ho le joalo, batho ba eang kolobetsong, ba neng ba amohetse memo ea Jesu ea hore e be “batšoasi ba batho,” ba ne ba ikemiselitse ho kolobetsoa. (Mat. 4:19) Herbert Frenzel, eo hona joale e leng setho sa Komiti ea Lekala, Croatia, o ile a fana ka puo ea kolobetso. O re: “Ba eang kolobetsong e ne e le khale ba emetse motsotso oo, hoo ba neng ba sa tl’o sitisoa ke letho! Ka mor’a hore ba kolobetsoe, ba ile ba ikutloa e le bahlōli!” Kajeno motseng oa Zenica ho na le phutheho e chesehang ea bahoeletsi ba 68.

Sarajevo, sebaka feela seo lenaneo le neng le ka tšoareloa ho sona e ne e le se haufi le mateano a litsela, moo litlokotsebe li neng li thunya batho teng. Hang ha barab’abo rōna ba fihla kopanong ba bolokehile, ba ile ba thulana le bothata ba ho fumana sebaka sa kolobetso le mokhoa oa ho baballa metsi, ao e neng e le a bohlokoa haholo. Ho tiisa hore ho ba le metsi a lekaneng bakeng sa batho ba kolobetsoang, ba ne ba kolokisoa, ho qaloa ka ba basesanyane ’me ho qetelloa ka ba ’mele!

Bara le barali babo rōna ba ile ba thaba hakaakang letsatsing leo! Ha baa ka ba lumella liketsahalo tse tšabehang tse neng li etsahala haufi le bona hore li ba amohe thabo e khaphatsehang ea ho rapela hammoho. Kajeno ho na le liphutheho tse tharo tse mafolofolo Sarajevo.

KA MOR’A HORE NTOA E LALE

Ha thepa e boetse e lumelloa ho kena, bara le barali babo rōna ba ile ba nolofalloa ke bophelo ka litsela tse itseng. Leha ho le joalo, tlhoekiso ea merabe, e neng e tsamaisana le ho leleka batho matlong, e ile ea tsoela pele. Ivica Arabadžić, e leng moholo ea sebeletsang Croatia, o hopola kamoo a ileng a qobelloa ho tsoa ntlong ea bona e Banja Luka kateng. “Monna e mong o ile a fihla a nkile sethunya ’me a re re mo tsoele ka ntlo, a bolela hore joale ntlo eo ke ea hae. O ne a qobeletsoe ho tsoa ntlong ea hae e Šibenik, Croatia, hobane e ne e le Moserbia. Joale o ne a batla hore le rōna re tsamaee. Lesole le leng leo ke neng ke ithuta le lona le ile la kenella ’me la re thusa. Le hoja re sa ka ra khona ho boloka ntlo ea rōna, re ile ra chenchana ka matlo le Moserbia e mong. Ho ne ho le boima hore re tlohe ntlong ea rōna ’me re siee phutheho e neng e re thusitse ho ithuta ’nete, empa re ne re se na boikhethelo. Re ile ra nka lintho tse seng kae ’me ra fallela ntlong ea rōna ‘e ncha’ e Croatia. Leha ho le joalo, eitse ha re fihla Šibenik, ra fumana motho e mong a se a kene ntlong eo ea rōna. Re ne re tla etsa joang? Kapele-pele, barab’abo rōna ba ile ba re amohela, ’me moholo e mong a re lumella ho lula ha hae selemo ho fihlela bothata ba rōna ba ntlo bo rarolotsoe.”

Ho fihlela kajeno boemo ba lipolotiki bo ntse ba sa tsitsa, empa ’nete e ntse e tsoela pele ka matla Bosnia le Herzegovina, moo baahi ba teng ba etsang hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong e leng Mamosleme. Haesale ntoa e lala, barab’abo rōna ba hahile Liholo Tsa ’Muso tse ncha. Holo e ’ngoe, e Banja Luka ka ho khetheha, hase sebaka feela tjee sa ho tšoarela liboka se neng se hlokahala haholo. Empa e emela tlhōlo litabeng tsa molao. Ka lilemo tse ngata, barab’abo rōna ba ’nile ba leka ho fumana tumello ea hore ba hahe Holo ea ’Muso sebakeng sena seo Kereke ea Orthodox ea Serbia e nang le tšusumetso e matla ho sona. Ka mor’a ntoa, le hoja barab’abo rōna ba ne ba lumeletsoe ka molao Bosnia, ba ile ba haneloa ho haha Holo ea ’Muso, Banja Luka. Qetellong, ka mor’a hore ba rapele haholo le ho etsa boiteko bo matla, barab’abo rōna ba ile ba fumana litokomane tse hlokahalang. Tlhōlo ena e butse khoro litabeng tsa molao bakeng sa Liholo tse ling tsa ’Muso tse tla hahoa karolong eo ea Bosnia le Herzegovina.

Tokoloho ea borapeli e buletse bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 32, bao boholo ba bona ba tsoang linaheng tse ling, monyetla oa hore ba thuse libakeng tseo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng. Ho chesehela ha bona tšebeletso le ho khomarela ka botšepehi tsamaiso litabeng tsa puso ea Molimo e bile tlhohonolofatso ea sebele.

Barab’abo rōna ba Sarajevo, moo ba neng ba lula ba thunngoa ke litlokotsebe lilemong tse seng kae tse fetileng, hona joale ba khona ho tšoara likopano ka khotso tseo ho tsona ho tlang baeti ba tsoang likarolong tsohle tsa Yugoslavia ea mehleng. Le hoja lintoa tse loannoeng lekholong le fetileng la lilemo li sentse naha ena e ntle e lithaba, batho ba Jehova ba atamelane haufi le ho feta tlamahanong ea “lerato la bara ba motho le se nang boikaketsi.” (1 Pet. 1:22) Kajeno, liphutheho tse 16 tse nang le bahoeletsi ba 1 163 tsa Bosnia le Herzegovina li rorisa Molimo oa ’nete, Jehova, li kopane.

Histori ea Kajeno ea Croatia

Ka mor’a kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe Zagreb ka 1991, ka tšohanyetso moeli o pakeng tsa Croatia le Serbia o ile oa koaloa. Masole a ne a sentse mebila e meholo le marokho kapa a e koetse, ’me batho ba bangata ba neng ba tlile kopanong, ba lulang karolong e ka bochabela ea Croatia ba ne ba sitoa ho khutlela hae. Lipaki tse ngata tse lulang likarolong tse ling tsa naha li ile tsa bonahatsa lerato le mofuthu la bara ba motho, tsa amohela bara bao babo rōna, le hoja le tsona li ne li futsanehile.

Zagreb, ho ne ho lla mekhosi bosiu le motšehare, e lemosang ka tlhaselo ea libomo. Batho ba ne ba mathela libakeng tse sireletsehileng, ba bang ba bile ba qeta libeke kapa likhoeli ba le moo. Kaha mokato o ka tlaase oa Bethele o ne o le sebakeng se sireletsehileng, ba boholong motseng oo ba ile ba o khetha hore e be setšabelo tlhaselong ea libomo. Sena se ile sa hlahisa monyetla o motle oa ho paka ’me batho ba ne ba sa sireletsoe nameng feela. Ka mohlala, ka letsatsi le leng ho ile ha hlajoa mokhosi, eaba joalokaha e le tloaelo, batho ba theoha terempe ’me ba ipata Bethele, mokatong o ka tlaase. Ha bohle ba ntse ba eme ba tšoenyehile, moholo e mong ea sebeletsang Bethele o ile a ba botsa hore na ba ka rata ho shebella li-slide tse bontšang kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe Zagreb likhoeling tse seng kae tse fetileng. Kaofela ba ile ba lumela ’me ka mor’a moo ba bolela hore ba ananela seo.

Ho ne ho le thata ho ea libokeng ka lebaka la ntoa, ’me ka bomalimabe Liholo tse ling tsa ’Muso li ne li sentsoe ke likulo kapa liqhomane. Leha ho le joalo, bara bana babo rōna ba ratehang ba ne ba ananela lijo tsa moea haholo, ’me ha baa ka ‘ba tlohela ho bokana.’ (Baheb. 10:25) Ka mohlala, liqhomane tse betsoang ka lirokete li ile tsa betsetsoa lenyelenyele motseng oa Šibenik ka likhoeli tse tšeletseng ’me barab’abo rōna ba ne ba sa khone ho ea Holong ea ’Muso. Moholo e mong o re: “Kaha re ne re lula ho elella ka thōko ho motse, re ne re tšoarela thuto ea buka le Thuto ea Molula-Qhooa ha ka. Ho sa tsotellehe maemo ao, ha re ea ka ra khoehlisa mosebetsing oa boboleli. Re ne re paka motseng moo le metseng e meng e haufi. Batho bohle ba ne ba lemoha hore re Lipaki Tsa Jehova, ’me ba ne ba tseba hore re fapane le batho ba bang.”

LERATO LA BARA BA MOTHO NAKONG EA NTOA

Barab’abo rōna ba bangata ba ileng ba senyeheloa ke mahae a bona ba ile ba tšabela ho ba bang, ’me liphutheho tsa etsa sohle se matleng a tsona ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Ka mohlala, barab’abo rōna ba neng ba le Holong ea ’Muso e Osijek, Croatia, ba ile ba amohela lelapa le leng ka mofuthu le neng le balehile le tsoa Tuzla, Bosnia, ’me le fetile maemong a thata. Litho tsa phutheho li ile tsa thaba ha li utloa hore mosali ke morali’abo rōna oa moea.

Ba boholong ba ile ba lumella lelapa leo hore le lule ntlong e ’ngoe, empa e ne e le ea khale ebile e senyehile. Ha barab’abo rōna ba bona kamoo ntlo eo e neng e senyehile kateng, ba ile ba fana ka thuso. E mong o ile a fana ka setofo, e mong a fana ka fensetere ’me ba bang ba fana ka lemati le bethe. Ba bang ba ile ba fana ka thepa ea ho haha, ’me ba bang ba fana ka lijo le patsi. Ka le hlahlamang, kamore e ’ngoe e ne e se e loketse hore e ka sebelisoa. Leha ho le joalo, ntlo eo e ne e ntse e se boemong bo botle ba hore lelapa leo le ka lula ka ho eona mariha. Kahoo phutheho e ile ea etsa lethathamo la lintho tse neng li ntse li hlokahala, ’me bahoeletsi ba sa tšoaneng ba fana ka seo ba neng ba ka khona ho fana ka sona. Le hoja ba ne ba futsanehile, ba ile ba bokella lintho tsohle tse hlokahalang—tse akarelletsang likhaba le thepa ea ho rulela.

Ha ntoa e ntse e tsoela pele, lijo li ne li qepha ka potlako ’me lekala le ne le sebetsa ka thata ho hlokomela barab’abo rōna ka lintho tseo ba li hlokang nameng le moeeng. Ka tšebelisano-’moho le Sehlopha se Busang, barab’abo rōna ba lekaleng ba ile ba hlophisa hore ho bokelloe lijo, liaparo, lieta le meriana. Qalong, barab’abo rōna ba moo ke bona ba neng ba thusa haholo, empa le bona ba ne ba sa khone ho thusa hakaalo kaha ba ne ba e-na le mathata. Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba Austria, Italy, Jeremane le Switzerland ba ile ba fana ka liaparo le meriana e mengata hammoho le lijo tsa moea. Literaka li ne li kena lenyelenyele, li khannoa ke baithaopi ba neng ba etelletsa pele litlhoko tsa barab’abo bona ba Croatia ho e-na le ho ameha ka tšireletseho ea bona. Thepa e neng e le setorong se seholo Zagreb e ile ea romeloa liphuthehong tse hlokang.

Barab’abo rōna ba Croatia ba ne ba thusitsoe ke ba bang, empa joale ba ne ba ka etsa’ng hore ba thuse barab’abo rōna ba Bosnia? Literaka tse neng li laetse lijo le patsi tse etsang boima ba lithane tse 16 li ile tsa leba moeling oa Bosnia. Seo se ne se le kotsi kaha ho ne ho atile litlaleho tsa hore masole a iketsetsa borata. Haeba batho ba tsamaisang liphallelo ba ne ba ka kopana le masole ana, ba ne ba ka ’na ba lahleheloa ke liphallelo tseo ’me le bona ba bolaoa.

Mor’abo rōna e mong o re: “Re ne re tsamaea sebakeng se nang le lifate tse ngata ’me re feta libakeng tseo ho hlahlojoang likoloi ho tsona, ’me ka linako tse ling re feta moo ntoa e ntseng e kupa. Ho sa tsotellehe likotsi tse neng li le teng, re ile ra fihla re bolokehile Travnik, Bosnia. Lesole le leng le ileng la utloa hore re fihlile le ile la mathela ntlong eo barab’abo rōna ba neng ba le ka ho eona. Le ile la hoeletsa, la re: ‘Batho ba habo lōna ke bana ka literaka.’ U ka inahanela hore na ba ile ba thaba hakaakang. Re ile ra kenya lijo ka tlung, ra bua le bona ho se hokae, ra ntan’o fetela pele ka potlako. Re ne re ntse re lokela ho ea le libakeng tse ling.”

Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba ngolla Bethele e Zagreb ba leboha thuso eo ba e fumaneng. Phutheho e ’ngoe e ile ea ngola, ea re: “Re le leboha haholo ka mosebetsi o boima oo le o etsang e le hore kamehla re fumane lijo tsohle tsa moea. Hape rea le leboha ka liphallelo tseo re li fumaneng; ka sebele barab’abo rōna baa li hloka. Re boetse re le leboha ho tsoa botebong ba lipelo ka boiteko bohle boo le bo entseng le ka kameho ea lōna e lerato.”

Lengolo le leng le ile la re: “Ho na le barab’abo rōna ba ’maloa bao e leng baphaphathehi le ba bang ba se nang chelete. Eitse ha ba fumana thuso ’me ba bona hore na ke lintho tse ngata hakae, ba ile ba sekisa meokho. Kameho e lerato ea barab’abo rōna le ho fana ha bona ka seatla se bulehileng hammoho le ho hloka boithati ho ile ha ba ama maikutlo ka ho teba le ho ba khothatsa.”

Linakong tseo tse boima, ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng ba ho hlomella barab’abo rōna ka lijo tsa moea tse matlafatsang tumelo. Ho ile ha boela ha totobala hore ka sebele moea oa Jehova o ba thusa hore ba mamelle mathata ao a sithabetsang le ho ba matlafatsa moeeng.—Jak. 1:2-4.

MOLAETSA O MATLAFATSANG OA TŠEPO

Le hoja mekhatlo ea liphallelo e ne e fana ka thuso kamoo e neng e ka khona kateng, ke Lipaki Tsa Jehova feela tse ileng tsa fana ka thuso e tšoarellang nako e telele. Ho e-na le ho phutha matsoho ba emetse hore ntoa e lale, barab’abo rōna ba ile ba etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso.

Motseng oa Vukovar o haufi le moeli oa Serbia, e leng se seng sa libaka tseo ho tsona ho bileng le tšenyo e mpe ka ho fetisisa, baahi ba bangata, ho kopanyelletsa le barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho baleha. Leha ho le joalo, morali e mong oabo rōna ea bitsoang Marija, o ile a sala. Barab’abo rōna ba Croatia ha baa ka ba khona ho kopana le eena ka lilemo tse ’nè, empa o ile a tsoela pele ka cheseho ho pakela batho ba seng bakae ba setseng motseng oo. Cheseho ea hae e ile ea putsoa ka ho enneng hakaakang! Nahana hore na barab’abo rōna ba Croatia ba ile ba makala hakaakang ha ba bona sehlopha sa batho ba 20 se tsoang Vukovar se tlile kopanong ea setereke ea 1996!

Molaetsa oa rōna oa tšepo o boetse o na le matla a ho fetola bophelo ba batho. Qalong ea ntoa, mohlankana e mong oa lesole ea neng a le sehlopheng se ikhethang sa lebotho la Croatia, o ile a hatela pele ka potlako. Ka 1994, ha a ntse a emetse terene, o ile a fumana pampitšana ea Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? Ha a ntse a bala pampitšana eo ka tjantjello, o ile a hlokomela hore ke Satane ea ikarabellang ka tsela e mabifi eo batho ba tšoaroang ka eona, eseng Jehova Molimo. Linnete tsena li ile tsa mo khahla haholo. Lebaka le leng leo a neng a ile bosoleng ka lona e ne e le hore a iphetetse ho batho ba bolaileng khaitseli ea hae e lilemo li 19 le beng ka eena ba bang ba babeli nakong ea ntoa. Le hoja a ne a rerile ho ea motseng oo babolai bao ba lulang ho oona, pampitšana eo e ile ea etsa hore a nahane ka tsela e ’ngoe. O ile a qala ho ithuta Bibele, ’me ka mor’a lilemo tse seng kae a ntse a fetola botho ba hae, o ile a kolobetsoa ka 1997. Qetellong, o ile a ea motseng oo babolai bao ba neng ba lula ho oona. Empa ho e-na le hore a iphetetse, o ile a thabela ho isa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho batho ba neng ba hloka ho ithuta hore Molimo o mohau.

Ho chesehela ha bahoeletsi tšebeletso, esita le nakong eo ho neng ho kupa e mahlo-mafubelu, ho ile ha fella ka keketseho e hlollang Croatia. Ho tloha ha ntoa e qala ka 1991 ho fihlela ha e fela ka 1995, bo-pula-maliboho ba ile ba eketseha ka karolo ea 132 lekholong. Lithuto tsa Bibele li ile tsa eketseha ka karolo ea 63 lekholong, ’me palo ea bahoeletsi ea eketseha ka karolo ea 35 lekholong. Ka sebele, barab’abo rōna ba moo ba ile ba bolela Lentsoe la Molimo ka sebete ’me Jehova a hlohonolofatsa boiteko ba bona ka ho enneng.

BASEBETSI BA ITETSENG

Nakoana pele ho kopano ea machaba ea 1991, baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Gileade, e leng Daniel le Helen Nizan, ba Canada, ba ile ba fihla naheng eo. Ho phaella moo, banyalani ba tsoang linaheng tse ling tsa Europe ba neng ba ithutile lipuo tsa moo ba ile ba kōptjoa hore ba il’o sebeletsa Croatia.

Ba bang ba banyalani bao, e leng Heinz le Elke Polach, ba Austria, e ne e bile bo-pula-maliboho ba khethehileng tšimong ea batho ba Yugoslavia, Denmark, ha ba ne ba kōptjoa hore ba ee Croatia ka 1991. Ntoa e ile ea qhoma hang feela ha ba qalisa mosebetsi oa ho tsamaea. Potoloho ea bona ea pele e ne e akarelletsa libaka tse lebōpong la leoatle la Dalmatia le likarolo tsa Bosnia, tseo kaofela li neng li anngoe ke ntoa. Heinz o re: “Ho ne ho le boima ho etela Bosnia nakong ea ntoa. Kaha ho ne ho le kotsi, re ne re sitoa ho tsamaea ka koloi ea rōna, kahoo re ne re tlameha ho tsamaea ka libese tse neng li sa tšepahale. Re ne re sa nke lintho tse ngata—re nka lisutuk’heise tse seng kae le mochine oa ho thaepa.

“Re ne re tlameha ho ba malebaleba. Ka nako e ’ngoe ha bese ea rōna e le pakeng tsa Tuzla le Zenica, masole a ile a e emisa. A ile a re bolella hore ho kotsi haholo hore re ka tsoela pele ka leeto. Batho bohle ba ile ba tlameha ho theoha beseng. Empa re ne re tseba hore barab’abo rōna ba Zenica ba re emetse, kahoo re ile ra kōpa ba bang hore ba re palamise. Qetellong, bakhanni ba literaka tse tsamaisang khase ba neng ba e-na le lipampiri tse loketseng ba ile ba lumela ho re palamisa. Ha re ntse re le tseleng, re ile ra sebelisa nako eo ho pakela mokhanni e mong, ea ileng a mamela ka hloko haholo.

“Re ile ra boela ra qobelloa hore re eme ka lebaka la ntoa, ’me ra tlameha ho nka litsela tse ling tse potolohang. Litsela tsena li ne li le mpe, ’me lehloa le ne le mpefatsa boemo le ho feta. Khafetsa re ile ra tlameha ho ema ’me re thuse literaka tse ling tse qauoeng lehloeng. Ha re le kae-kae, teraka ea rōna e ile ea hlaseloa ’me ra tlameha ho baleha sebakeng seo. Re ile ra ba ra fihla Vareš, e bohōle ba lik’hilomithara tse 50 le moo re neng re ea teng, ’me ra tlameha ho robaletsa.

“Mokhanni o ile a robala setulong, eaba ’na le Elke re itšopha ’moho ka mor’a sona, re leka ho futhumatsana. Ke ne ke utloa eka boo ke bosiu bo bolelele ka ho fetisisa bophelong ba ka. Leha ho le joalo, ka le hlahlamang ha re qetella re fihlile Zenica, barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo ha ba re bona! Ka sebele ha rea ka ra ikoahlaea ka seo! Le hoja ba ne ba se na metsi a pompo le motlakase, ba ile ba etsa sohle seo ba neng ba ka se khona hore ba re amohele ka mofuthu. Leha ba ne ba futsanehile nameng, moeeng teng ba ne ba ruile ’me ba bontša hore ba rata ’nete haholo.”

Ho tloha ha ntoa e qala, ho se ho rometsoe bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ka bang 50 Croatia, ba tsoang Austria, Jeremane, Italy le linaheng tse ling. Hamorao mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa fana ka thuso e matlafatsang e eketsehileng le khothatso ka hore o romele baromuoa ba bang. Bahlanka bana ba chesehang ba nako e tletseng ba thusitse haholo tšebeletsong ea tšimo le ka liphuthehong.

“HA KE KHOLOE HORE KE PHETSE HO FIHLELA KE BONA LETSATSI LENA!”

Ho fihlela bofelong ba lilemo tsa bo-1980, barab’abo rōna ba lulang ka ntle ho Bethele ba ne ba fetolela khatiso ea Molula-Qhooa ea khoeli le khoeli ka Secroatia ho tsoa Sejeremaneng. Ho tloha ka 1991 ho ea pele, mosebetsi oa ho fetolela o ile oa etsoa ke bafetoleli ba lulang Bethele. Ka mor’a nako, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore ba qale ho etsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Pele ho moo, ho ne ho sebelisoa phetolelo ea Bibele e bileng teng ka lilemo tse 150, e neng e ngotsoe ka puo ea khale ebile e na le lipolelo tse ngata tse sa tloaelehang. Bafetoleli ba Secroatia ba ile ba qala pele, ba sebelisana haufi-ufi le bafetoleli ba Seserbia le ba Semacedonia. Kaofela ba ile ba thusana ’me ba fana malebela.

Lipaki Tsa Jehova tsa Croatia, hammoho le tsa Bosnia le Herzegovina, Montenegro, Serbia le Macedonia li tla lieha ho lebala Labohlano la la 23 July, 1999. Likopanong tsohle tse ’nè tsa Setereke tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta,” Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea lokolloa ka nako e le ’ngoe ka Secroatia le ka Seserbia ’me bamameli ba bolelloa hore phetolelo ea Semacedonia e ntse e tsoela pele hantle. Bamameli ba ile ba opa liatla hoo libui li ileng tsa qeta metsotso li sa khone ho tsoela pele. Batho bohle ba neng ba tlile kopanong ba ne ba thabile haholo ’me ba sitoa ho thiba meokho ea thabo. Mora e mong oabo rōna eo e bileng moholo ka nako e telele, o ile a re: “Ha ke kholoe hore ke phetse ho fihlela ke bona letsatsi lena!” Bibele e feletseng ka lipuo tsena tse tharo e ile ea lokolloa ka 2006.

Pele ho 1996, Komiti ea Naha e neng e tsamaisoa ke ofisi ea lekala e Austria, e ne e hlokomela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova, Croatia, Bosnia le Herzegovina. Ka 1996, ho ile ha khethoa litho tse ’nè tsa Komiti ea Lekala hore li hlokomele mosebetsi oa boboleli libakeng tseo, ’me ho ’nile ha bonahala hore Jehova o hlohonolofatsa tokisetso eo.

MEHAHO E MECHA EA LEKALA LE LIHOLO TSA ’MUSO

Joaloka libakeng tse ling, lelapa la Bethele e Zagreb, Croatia, le ile la elelloa hore bahoeletsi baa eketseha tšimong ea lekala. Litho tsa lelapa li ne li eketsehile ho tloha ho tse 10 ho ea ho tse ka bang 50. Empa kaha Lehae la Bethele le ne le etselitsoe banyalani ba ka bang robeli kapa ba leshome, barab’abo rōna ba ile ba tlameha hore ba hire likamore tse ling haufi le moo.

Nakoana ka mor’a hore ho thehoe Komiti ea Lekala, Sehlopha se Busang se ile sa laela hore ho rekoe setša bakeng sa ho haha Lehae le lecha la Bethele, Zagreb. Kapele, baithaopi ba moo le bahlanka ba machaba ba ile ba haha mohaho o motle o neng o tla ntšetsa pele mosebetsi oa ’Muso ka lilemo tse ngata tse latelang. Ka Moqebelo oa la 23 October, 1999, ho ile ha neheloa mohaho o mocha oa lekala le Holo ea ’Muso, hammoho le mohaho o mong o nang le Liholo tse peli tsa ’Muso, o bohareng ba Zagreb. Ho ne ho e-na le baemeli ba tsoang linaheng tse 15, ho akarelletsa le Mor’abo rōna Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang, ea ileng a fana ka puo ea nehelo. Letsatsing le latelang, batho ba 4 886 ba ile ba bokana hore ba mamele lenaneo le thabisang la moea holong e khōlō ea lipapali. Leo e bile letsatsi le sa lebaleheng hakaakang ho batho ba Jehova, Croatia—bao ba bang ba bona ba neng ba sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse 50 kapa ho feta, le hona e le maemong a thata ka ho fetisisa historing ea kajeno!

Ho boetse ho qalisitsoe mosebetsi o moholo oa ho haha Liholo tse ncha tsa ’Muso. Pele ho 1990, liphutheho tse ngata li ne li kopanela mekatong e ka tlaase ho mehaho kapa malapeng. Ka mohlala, phutheho ea Split e ile ea qeta lilemo tse 20 e kopanela ka kamoreng e nyenyane ha motho. Le hoja ho ne ho e-na le litulo tse 50 feela, ka linako tse ling ho ne ho tla batho ba fetang palo eo habeli, e leng se neng se etsa hore ba bangata ba tlamehe ho ema ka ntle. Likopano li ne li tšoareloa hona moo, ho tla batho ba 150 kapa ho feta. Kajeno ho na le liphutheho tse ’nè Split, tse sebelisang Liholo tse peli tse ntle tsa ’Muso. Kaha bahoeletsi ba se ba le bangata, ho tšoareloa likopano holong ea hotele. Lefapha la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso le tsamaisoang ke Ofisi ea Boenjienere ea Lebatooa e Selters, Jeremane, le ntse le tsoela pele ho hlophisa kaho ea Liholo Tsa ’Muso tse sa jeng chelete e ngata empa li khahleha.

Ba bacha hammoho le ba hōlileng ba ithaopetseng ho sebetsa kahong ea Liholo Tsa ’Muso ba khathile tema e khōlō. Ho fihlela joale, ho se ho hahiloe Liholo tse ncha tsa ’Muso tse 25 ’me ho nchafalitsoe tse ling tse 7. Sena sohle se entse hore mosebetsi oa ’Muso o hōle, tlotlisong ea Jehova.

MOSEBETSI OA ’MUSO O HATELA PELE KA POTLAKO

Ka 1991, ha Croatia e fumana boipuso, ’muso o ile oa tšoarella melaong ea nakong e fetileng mabapi le bolumeli ho fihlela ho fetisoa melao e mecha. Hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea batho Naheng eo e ne e le Mak’hatholike. Kahoo, baruti ba ne ba e-na le tšusumetso e matla pusong. Leha ho le joalo, ka lebaka la tsela eo Lipaki Tsa Jehova li neng li talingoa ka eona molaong nakong e fetileng le ka lebaka la botumo ba tsona bo botle, ka la 13 October, 2003, Lefapha la Toka le ile la bolela hore joale Lipaki Tsa Jehova li ngolisitsoe ka molao e le mokhatlo oa bolumeli, Croatia. Ka mor’a hore bahlanka ba Jehova ba sokole ka lilemo tse ngata, ba ile ba thaba hakaakang ha ba amoheloa ka molao Croatia!

Mathoasong a lilemo tsa bo-1990, linaheng tsohle tsa Yugoslavia ea mehleng ho ne ho tšoaroa Sekolo se le seng sa Bo-pula-maliboho; empa hona joale Croatia feela ho tšoaroa lihlopha tse ’maloa selemo ka seng. Ka September 2008, barab’abo rōna ba ile ba thaba hore ebe Croatia ho na le bahoeletsi ba 5 451, liphuthehong tse 69. ’Me ho ne ho thabisa e le ruri ho bona batho ba 9 728 ba tlile Sehopotsong! Sena sohle se bontša hore nakong e tlang ho ka ’na ha e-ba le keketseho e hlollang.

Le hoja ho se mamellane litabeng tsa bolumeli ho atile ’me mathata a bophelo a ntse a eketseha letsatsi le letsatsi, bahlanka bohle ba Jehova ba tikolohong ena ba ikemiselitse ho feta leha e le neng pele hore ba tsoele pele ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ho sa tsotellehe seo Satane a ka ’nang a se etsa khalefong ea hae. (Tšen. 12:12) Batho ba bangata ba amehile haholo ka mathata a letsatsi le letsatsi le mokhoa oa ho iphelisa. Leha ho le joalo, har’a batho bana ho na le ba feheloang ka lebaka la boitšoaro bo sisimosang lefatšeng le ba hlokomelang hore ba lapile moeeng. (Ezek. 9:3, 4; Mat. 5:6) Batho ba joalo baa batloa ’me ba thusoe ho rapela Molimo a le mong feela oa ’nete le hore ba re: “Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.”—Esa. 2:3.

Histori ea Kajeno ea Macedonia

Monna ea ileng a hlaha ponong ho moapostola Pauluse lekholong la pele la lilemo, o ile a re: “Tšelela Macedonia ’me u re thuse.” (Lik. 16:8-10) Pauluse le bao a neng a paka le bona, ba ile ba etsa qeto ea hore Molimo o ba laela hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo tšimong ena e neng e-s’o ka e sebetsoa, kahoo ba ithaopela ho amohela memo eo, ’me ka mor’a nakoana Bokreste bo ile ba ata sebakeng seo. Ho bile le khōlo e tšoanang ea borapeli ba ’nete joang Macedonia ea mehleng ea kajeno, e leng tikoloho e nyenyane e ka leboea ho Macedonia ea boholo-holo?

Ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, Macedonia e ile ea e-ba rephabliki e qetellong ka boroa ho Yugoslavia. E ile ea fumana boipuso ka 1991. Lilemo tse peli hamorao, e leng ka 1993, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thaba ha li ngolisoa ka molao naheng eo e neng e sa tsoa thehoa. Ka lebaka leo, ho ne ho ka khoneha hore ho thehoe ofisi ea lekala Macedonia, e neng e tla tsamaisoa ke Komiti ea Lekala, Austria. Kahoo, ka 1993, ho ile ha rekoa mohaho o Seterateng sa Alžirska, Skopje, ’me bafetoleli ba Semacedonia ba tloha Zagreb ba fallela mohahong oo o mocha oa Bethele.

Michael le Dina Schieben ba Jeremane ba ile ba ea Macedonia ho ea etsa mosebetsi oa potoloho, ’me Daniel le Helen Nizan, ba Canada, ba neng ba sebeletsa Serbia, le bona ba ile ba abeloa hore ba ee Macedonia. Ho ile ha thehoa Komiti ea Naha ’me mosebetsi oa qalisa, Bethele.

LINGOLILOENG LIA LEKANYETSOA

Le hoja Lipaki Tsa Jehova li ne li ngolisitsoe ka molao, ho ne ho le thata hore li fumane lingoliloeng tse tsoang linaheng tse ling. Ho tloha ka 1994 ho fihlela ka 1998, ’muso o ne o laetse hore mohoeletsi ka mong a fumane makasine e le ’ngoe feela e tsoang linaheng tse ling. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ne ba lokela hore ba etsetse liithuti tsa bona tsa Bibele likopi tsa lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa. Barab’abo rōna ba ne ba boetse ba khona ho fumana limakasine tse tsoang linaheng tse ling ka poso ’me baeti ba tlang Macedonia ba ne ba lumeletsoe ho tla le tse seng kae. Qetellong, ka mor’a nyeoe e nkileng lilemo tse ’maloa, lekhotla le ka holimo-limo le ile la etsa qeto e emelang Lipaki, tseo joale li ileng tsa lumelloa hore li kenye lingoliloeng tse ngata kamoo li batlang kateng ho tsoa linaheng tse ling.

Ka August 2000, palo ea bahoeletsi e ile ea fihla ho 1 024—e le lekhetlo la pele bahoeletsi ba fetang 1 000 ba tlaleha mosebetsi oa bona oa boboleli! Kaha ho ne ho se ho e-na le lingoliloeng tse ngata tsa Semacedonia le lenane le bahoeletsi le se le eketsehile, mohaho o Seterateng sa Alžirska o ne o se o sa lekane lelapa le hōlang la Bethele. Selemong se latelang seo, ho ile ha rekoa mehaho e meraro e menyenyane haufi le moo ’me ea heletsoa eaba ho hahoa e ’meli e meholo. Kajeno, lelapa la Bethele ea Macedonia le nang le litho tse 34 le sebeletsa mehahong e meraro e metle, e nang le thepa e hlokahalang ebile le lula teng. Le ile la thaba ha Guy Pierce oa Sehlopha se Busang a ne a tlile lenaneong la nehelo ka la 17 May, 2003.

KAHO EA LIHOLO TSA ’MUSO

Bara le barali babo rōna ba likarolong tsohle tsa Macedonia ba ’nile ba ananela haholo tokisetso ea ho haha Liholo Tsa ’Muso linaheng tse futsanehileng. Barab’abo rōna ba bahlano ba tsebang mosebetsi oa kaho ba ile ba abeloa ho ea thusa liphutheho tsa moo ho haha Liholo Tsa ’Muso; ’me pakeng tsa 2001 le 2007 ho ile ha hahoa Liholo tse robong tse ncha tsa ’Muso. Bara bana babo rōna ba merabe e sa tšoaneng ba thiming ea kaho, ba fane ka bopaki bo babatsehang ha ba sebetsa ka khotso le bonngoe, ba sa khethollane ka merabe. Ha mohoebi e mong ea neng a tlile Holong ea ’Muso e seng e felile a bona mosebetsi o tsoileng matsoho o entsoeng moo, o ile a re: “Ka sebele mohaho ona o hahiloe ka lerato.”

Ha sehlopha sa kaho se ne se haha Holo e ncha ea ’Muso motseng oa Štip, moahi e mong oa moo o ne a sa kholoe hore morero oo o tla atleha kaha ho ne ho bonahala eka lihahi ke bacha ba se nang phihlelo. Empa ha holo eo e fela, o ile a tla setšeng a nkile moralo oa ntlo ea hae ’me a kōpa bara bao babo rōna ba bacha hore ba mo hahele eona. O ne a khahliloe ke mosebetsi oa bona hoo a ileng a ba tšepisa ho ba lefa chelete e ngata. O ile a makala ha barab’abo rōna ba mo bolella hore ha ba hahe Holo eo ea ’Muso hobane ba batla moputso oa chelete empa hobane ba rata Molimo le moahelani.

PHETOLELO EA LEFATŠE LE LECHA

Ka nako e tšoanang, banna le basali ba seng bakae ba inehetseng ba ne ba tšoarehile ka mosebetsi o mong—oa ho fetolela Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Semacedonia. Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa bona o boima; ba ile ba qeta ho fetolela Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lilemo tse hlano feela. Ba neng ba le teng Kopanong ea Setereke ea “Topollo e Atametse!” e neng e tšoaretsoe Skopje ka 2006, ba ile ba thaba haholo ha Gerrit Lösch, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang a lokolla phetolelo ena e babatsehang ea Bibele. Bamameli ba ile ba qeta nako e telele ba opa liatla ka cheseho, ’me ba bangata ba lla. Ba bang ba ileng ba fumana Libibele tsa bona nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare ba ile ba lula fatše hona hoo ba qala ho bala phetolelo ena e babatsehang ea Lentsoe la Molimo ka puo eo ba e antseng letsoeleng.

Batho ba bangata ba Macedonia ba hlompha Bibele haholo. Ka mohlala, Orhan o qalile ho ithuta Bibele lilemong tse tšeletseng tse fetileng. Le hoja a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, mor’abo rōna ea neng a mo khannela thuto o ile a mo ruta. O se a balile Bibele ka makhetlo a tšeletseng ho tloha ha a kolobetsoa, lilemong tse tharo tse fetileng!

Ho ile ha feta nako Orhan e le eena feela Paki motseng oa Resen. Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba babatsa monna enoa eo pele a neng a sa tsebe ho bala le ho ngola, ’me batsoali ba bang ba ile ba kōpa barab’abo rōna hore ba ithute le bana ba bona, bao ba neng ba batla hore ba tšoane le Orhan. Batho ba thahasellang ’nete ba ile ba eketseha, ’me qetellong ho ile ha tšoaroa Thuto ea Buka ea Phutheho beke le beke motseng oo. Motho e mong ea thahasellang e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me hona joale Orhan eena ke pula-maliboho oa kamehla ebile ke mohlanka ea sebeletsang.

HO TŠELELA MACEDONIA

Ka July 2004, banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Albania ba ile ba tla Macedonia ho tla thusa mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ho batho ba buang Sealbania, ba etsang karolo ea 25 lekholong ea baahi ba moo. Ka mor’a nakoana, ho ile ha hlaka hore banyalani bao ba hloka thuso, kaha e ne e le bona feela bahoeletsi ka har’a Maalbania a fetang halofo ea milione. Kahoo selemo hamorao, ho ile ha fihla banyalani ba bang ba tsoang Albania, ’me bo-pula-maliboho bao ba bane ba qala ho khothatsa batho ba supileng ba thahasellang motseng oa Kičevo, o khubung ea tikoloho eo ho lulang Maalbania ho eona, Macedonia. Likhoeli tse seng kae hamorao, sehlopha sena sa batho ba seng ba kae se ile sa thaba ha ho ne ho tlile batho ba 61 puong ea Sehopotso, e ileng ea fanoa ka Sealbania le Semacedonia. Ho tloha ka nako eo, sehlopha seo se se se eketsehile, se na le bahoeletsi ba chesehang ba 17, ’me libokeng ho tla batho ba ka bang 30 kapa ho feta.

E le ho thusa hore ho koaheloe tšimo eohle ea Macedonia, Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho etsoe phutuho e khethehileng ho tloha ka April ho fihlela ka July ka 2007. Sepheo e ne e le hore ho boleloe tšimong e neng e e-s’o ka e sebetsoa ’me ho phatlalatsoe litaba tse molemo ho batho ba buang Sealbania.

Bara le barali babo rōna ba 337 ba tsoang linaheng tse supileng ba ile ba ithaopela ho thusa. Phello e ile ea e-ba efe? Litaba tse molemo li ile tsa boleloa libakeng tse fetang 200 ho pholletsa le Macedonia—tseo ho tsona ho lulang batho ba ka bang 400 000, ’me ba bangata ba bona ba ne ba qala ho utloa molaetsa. Phutuhong eo ea likhoeli tse ’nè ho ile ha tsamaisoa libuka le libukana tse fetang 25 000 hammoho le limakasine tse fetang 40 000. Ba ile ba qeta lihora tse ka bang 25 000 ba le tšebeletsong, ’me ba qalisa lithuto tsa Bibele tse fetang 200.

Mor’abo rōna e mong o ile a tlaleha, a re: “Ba bang ba ile ba sekisa meokho ha ba utloa hore na re tsoa hokae le hore na re ba etetse ka lebaka lefe. Ba bang ba ile ba llisoa ke seo ba neng ba se bala Lentsoeng la Molimo.”

Ba bangata ba neng ba kopanetse phutuhong eo ba ile ba bolela kamoo ba e thabetseng kateng. Morali e mong oabo rōna o ile a ngola, a re: “Tichere e ’ngoe e ile ea re ho rōna: ‘E se eka Molimo a ka le hlohonolofatsa. Le etsa mosebetsi o babatsehang. Lintho tseo le buang ka tsona, ruri lia nkhatholla!’”

Mohoeletsi e mong o ile a re: “Ho ne ho le thata ho tloha tšimong eo, e kang ea boromuoa. Re ne re bona kamoo batho ba hlokang ’nete kateng, ’me re ile ra utloa bohloko ha re lokela ho siea lithuto tsa rōna tsa Bibele.”

Banyalani ba bang ba ile ba re: “Rea ikoahlaea hore ebe ha rea nka matsatsi a mangatanyana a phomolo, hobane joale rea bona hore ho na le tlhokahalo e khōlō.”

Ha mohoeletsi e mong a akaretsa maikutlo a ba bangata, o ile a re: “Ha ke hopole ho na le mohla re kileng ra natefeloa hakana re le lelapa.”

Bahoeletsi ba bang ba ne ba bolela litaba tse molemo motsaneng o mong o lithabeng tse haufi le motse oa Tetovo, oo ho neng ho se motho ea kileng a paka ho oona. Ba babeli ba ile ba qala matlong a ka lehlakoreng le letšehali la seterata, ’me ba bang ba babeli ba qala ka lehlakoreng le letona. Ka mor’a hore ba kene matlong a mararo feela, batho bohle seterateng seo ba ne ba se ba tseba hore Lipaki Tsa Jehova li ntse li etela batho malapeng. Kapele feela, hohle motseng batho ba ile ba tseba ka ketelo ea tsona, ’me basali ba bangata ba thahasellang ba bokanela baralib’abo rōna. Tlaasenyana ho moo, sehlopha sa banna ba 16 se ne se emetse barab’abo rōna ka thahasello e khōlō. Ka potlako, beng ba matlo ba ile ba fa bahoeletsi bao litulo tse ’nè, ’me monna e mong a ba lokisetsa kofi. Bahoeletsi bao ba ile ba fa bohle lingoliloeng, ’me ba qala ho bolella letšoele leo ’nete, ba sebelisa Bibele.

Ba bangata ba ne ba botsa lipotso ’me bohle ba mamela ka hloko. Qetellong ea ketelo eo, baahi ba bangata ba ne ba sa batle ho tsamaea pele ba re barab’abo rōna ba tsamaee hantle. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba tšoha ha mosali-moholo e mong a tla ho bona a phahamisitse lere. O ile a ba supa ka lona, a re: “Ke tla le otla lere lena!” Bahoeletsi bao ba ne ba entse’ng e halefisitseng mosali-moholo eo? O ile a re: “Le file batho bohle libuka, haese ’na feela!” Ha a supa buka ea Lipale tsa Bibele eo moahelani oa hae a neng a e fumane, o ile a re: “Ke batla eo e tšehla e khōlō.” Ntle le ho senya nako, barab’abo rōna ba ile ba mo fa kopi ea ho qetela eo ba neng ba e tšoere.

HO PAKELA BAROMANI

Macedonia, ho na le Baromani ba bangata ba buang Semacedonia empa bao puo ea bona e leng Seromani se sa ngoloeng, se kopantseng mefuta e sa tšoaneng ea Seromani. Ho tlalehoa hore motse-moholo Skopje, ho na le Baromani ba ka bang 30 000, e leng hona moo ba leng bangata ka ho fetisisa Europe. Liphutheho tse tharo tsa Seromani li kopanela mohahong o nang le Liholo tse peli tsa ’Muso sebakeng se bitsoang Šuto Orizari. Bahoeletsi ba 200 ba thabela ho sebetsa tšimo e behang litholoana, eo ho eona mohoeletsi a le mong a shebaneng le batho ba 150—e leng se seng sa libaka tse nang le karo-karolelano e tlaase haholo naheng eo. Palo ea batho ba 708 ba bileng teng Sehopotsong ka 2008 e bontša hore Baromani ba ananela molaetsa haholo!

Ho nkiloe bohato bofe ho thusa Baromani ba ikokobelitseng ba lapetseng ’nete hore ba ithute morero oa Molimo ka puo eo ba e antseng letsoeleng? Kemiso ea puo e khethehileng ea 2007 e ile ea fetoleloa ka Seromani, ’me mor’abo rōna oa Moromani, eo e leng moholo o ile a fana ka puo eo ho batho ba 506 ba bontšang kananelo. Bahoeletsi ba merabe eohle—ba buang Seromani, Semacedonia le Sealbania—ba ile ba thaba haholo ha ho lokolloa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka Seromani kopanong ea setereke ea 2007. Pele ho moo, bahoeletsi ba ne ba atisa ho khanna lithuto tsa Bibele ka puo ea bona empa ba sebelisa lingoliloeng tsa Semacedonia. Hona joale ba atleha haholo ha ba sebelisa bukana ea Seromani ea Seo a se Hlokang hore ba finyelle lipelo tsa Baromani ba tšepahalang.

Kajeno, bahoeletsi ba 1 277 ba liphuthehong tse 21 tsa Macedonia, ba sebetsa ka thata hore ba latele mohlala oa moapostola Pauluse oa lekholong la pele la lilemo. Tsela eo batho ba bangata ba Macedonia ba batlang ’nete ba bontšang kananelo ka eona, e bontša hore ho loketse ho etsa phutuho ea ho “tšelela Macedonia” kajeno.

Histori ea Kajeno ea Serbia

Naha ea Serbia, e khubung ea Linaha tsa Balkan, e na le litso tse sa tšoaneng le batho ba lichaba tse ngata. Ka 1935, ofisi ea lekala e ile ea buloa mona, motseng oa Belgrade hore e hlokomele libaka tsa Yugoslavia ea mehleng, e leng se ileng sa fella ka keketseho e hlollang ea bahoeletsi. Haufinyane tjee, barab’abo rōna ba Serbia ba entse’ng ho thusa barab’abo rōna ba linaheng tsee tse sa tsoa thehoa?

Ha meeli ea linaha e ne e koaloa ’me lehloeo la merabe le la bolumeli le ja setsi, barab’abo rōna ba lichaba tse sa tšoaneng ba ne ba sebetsa hammoho ka khotso ofising e Zagreb, Croatia. Qetellong, kaha moea oa khethollo ea merabe le bochaba o ne o iphile matla libakeng tse haufi le Bethele, barab’abo rōna ba Maserbia ba ile ba tlameha ho tloha moo. Ka 1992, lingoliloeng tsa Seserbia li ile tsa boela tsa fetoleloa Belgrade, Serbia, joalokaha li ne li fetoleloa moo lilemong tse ka bang 50 pele ho moo. Bona e ne e le bohato bo bontšang bohlale le bo nakong.

Ho ne ho hlokahala liphallelo tse ngata, Bosnia, moo ho neng ho kupa e mahlo-mafubelu. Ka lerato, ofisi ea lekala ea Austria e ile ea hlophisetsa ho romela liphallelo, ’me barab’abo rōna ba Serbia ba ne ba le boemong bo botle ba ho li isa libakeng tsa Bosnia tse laoloang ke Maserbia.

Le hoja ntoa e sa ka ea namela Serbia, liphello tsa eona li ne li ntse li utloahala moo. Melao e thibelang ho hoebisana le linaha tse ling e ile ea etsa hore ho be thata ho fumana lingoliloeng tse tsoang Jeremane, e leng moo li neng li hatisoa teng. Ha liphutheho li ne li sa fumane limakasine tsa morao-rao, barab’abo rōna ba ne ba ithuta lihlooho tsa khale ho fihlela limakasine tse ncha li fihla. Leha ho le joalo, qetellong barab’abo rōna ha baa ka ba fetoa ke tokollo leha e le efe ea makasine.

“THUSO E MATLAFATSANG”

Daniel Nizan, ea tsoang sekolong sa Gileade, o ile a re: “Ha re fihla Serbia ka 1991, naha eo e ne e aparetsoe ke merusu ea lipolotiki. Re ile ra khahloa ke cheseho eo barab’abo rōna ba neng ba e bontša ho sa tsotellehe boemo bo mahlonoko boo ba neng ba le ho bona. Ke hopola kamoo re ileng ra hlolloa kateng ha re bona ho ema batho ba ka bang 50 ba bacha, ba neng ba tlil’o kolobetsoa kopanong e khethehileng ea letsatsi, eo ’na le mosali oa ka re neng re qala ho ea ho eona. Seo se ile sa re khothatsa haholo.”

Ba ha Nizan ba ile ba thusa haholo tabeng ea ho etsa hore ofisi e neng e sa tsoa thehoa Belgrade e qale ho sebetsa. Ofisi ea pele, e neng e ka nka batho ba leshome, e ne e le Seterateng sa Milorada Mitrovića. Ho ne ho boetse ho e-na le Holo ea ’Muso mokatong o ka tlaase. Ha bafetoleli ba ntse ba eketseha, ho ile ha hlokahala sebaka se eketsehileng. Qetellong, ho ile ha fumanoa setša ’me mosebetsi oa kaho oa qala. Ho elella bofelong ba 1995, lelapa la Bethele le ile la fallela mohahong o mocha.

Mathata a neng a ntse a eketseha a ile a etsa hore batho ba bangata ba amohele ’nete, ’me ha bahoeletsi ba ntse ba eketseha, ho ile ha hlokahala balebeli ba lerato. Basebeletsi ba nako e tletseng ba mafolofolo le ba itetseng—ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Italy—le bona ba ile ba koala sekheo sena. Le hoja ho ne ho se bonolo ho ithuta puo e ncha le meetlo ea moo nakong ea ntoa, bo-pula-maliboho bana e ile ea e-ba “thuso e matlafatsang” ho barab’abo rōna ba Serbia.—Bakol. 4:11.

Rainer Scholz, eo e leng mohokahanyi oa Komiti ea Naha ea Serbia o re bo-pula-maliboho ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba thusa ka litsela tse ngata, empa habohlokoa ka ho fetisisa ke hore “ba ile ba tlisa phihlelo litabeng tsa puso ea Molimo.” Kajeno liphutheho tse 55 tsa Serbia li leboha haholo bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 70 ba li thusitseng.

LIPHELLO TSE BOHLOKO TSA LITHEKO TSE PHAHAMENG HAHOLO

Ho ne ho se kamoo Serbia e ka phemang liphello tse bohloko tsa ntoa, haholo-holo ho phahama ha theko ea lintho ho tsoileng taolong. Tlaleho e ’ngoe e re: “Matsatsing a 116, ho tloha ka October 1993 ho fihlela ka la 24 January, 1994, theko ea lintho e ile ea ’na ea phahama ho fihlela e fihla liphesenteng tse libilione tse 500.” Mira Blagojević, ea qalileng ho sebeletsa Bethele ka 1982, o re o ne a tlameha ho nka mokotla o tletseng chelete ha a ea ’marakeng a il’o reka meroho e seng mekae.

Morali e mong oabo rōna ea bitsoang Gordana Siriški, o re ha ’mè oa hae a ne a tsoa lata chelete ea penshene, e ne e ka reka rolo e le ’ngoe feela ea pampiri ea ntloaneng. Gordana o ile a re: “Ka sebele ho thata ho utloisisa hore na batho ba phela joang ha ka tšohanyetso lintho tsohle tseo ba nang le tsona li se li se na thuso. Barab’abo rōna ba linaheng tse ling ba ile ba re phallela. Ha batho ba ntse ba felloa ke tšepo libankeng le pusong, ba bangata ba ile ba tšepa Molimo, ’me barab’abo rōna ba atamelana haufi.”

PHETOLELO EA BIBELE

Ka lilemo tse ngata, bafetoleli ba lipuo tse sa tšoaneng Yugoslavia ba ne ba sebetsa hammoho ba le sebakeng se le seng Zagreb, Croatia. Ka mor’a ntoa, bafetoleli ba puo ka ’ngoe ba ile ba ea linaheng tsa habo bona, empa ba ’na ba tsoela pele ba sebelisana le bafetoleli ba Zagreb. Sena se ile sa thusa bafetoleli ba Seserbia, haholo ha ba qala ho fetolela Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Sepheo e ne e le hore e lokolloe kopanong ea Lipaki Tsa Jehova ka 1999.

Empa ha bafetoleli ba le mothating oa ho qeta Bibele, naha e ne e itokisetsa ntoa. Ha ho pelaelo hore libomo li ne li tla sitisa lithelefono hore li sebetse hantle, ’me seo se ne se tla thatafalletsa bafetoleli ho romela boitsebiso Jeremane, ho tsoa Belgrade, hore bo hatisoe. Ka Labobeli la la 23 March, ha litlhaselo tsa moeeng li le haufi le ho qala, barab’abo rōna ba ile ba sebetsa bosiu kaofela ’me ba khona ho romela lifaele ka k’homphieutha Jeremane esale hoseng haholo. Lihora tse seng kae hamorao, litlhaselo li ile tsa qala ’me bafetoleli ba balehela sebakeng se sireletsehileng, ba thabile! Ba ile ba thaba le ho feta likhoeli tse ’nè hamorao ha Bibele e lokolloa kopanong, Belgrade. Ha libomo li ntse li otla ’me motlakase o khaoha hangata, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho fetolela lingoliloeng tse ling. Leha ho le joalo, hangata ba ne ba tlameha ho emisa ebe ba balehela sebakeng se sireletsehileng. Ke ’nete hore eo e ne e le nako e sithabetsang, empa bohle ba ne ba thabetse hore ba be le seabo tlhahisong ea lijo tsa moea tse neng li hlokahala haholo.

Ka mor’a ho sebetsa ka thata le hore Jehova a hlohonolofatse barab’abo rōna, ka July 1999, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea lokolloa ka Seserbia. Ba tlileng kopanong ba ile ba thabela phetolelo ena ea puo ea bona ’me ba e ananela haholo. Ka mor’a moo, likopanong tse neng li tšoeroe ka 2006, ho ile ha lokolloa Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e ngotsoeng ka lialfabete tsa Secyril le Selatine.

KHANYETSO EA BOLUMELI EA TOTA

Kaha Kereke ea Orthodox ea Serbia e na le tšusumetso e matla naheng, batho ba bangata ba nahana hore ha motho e le Moserbia ke Moorthodox. Ba nka hore motho hase Moserbia haeba a sa kene Kereke ea Orthodox. Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-1990 ba bangata ba ile ba amohela molaetsa oa rōna oa tšepo o tsoang Bibeleng. Qetellong ea ntoa ka 1999, palo ea bahoeletsi e ne e batla e imenne habeli, e fihla tlhōrōng ea bahoeletsi ba 4 026.

Katleho ena ea moea e ile ea etsa hore Kereke ea Orthodox e halefele batho ba Jehova. Kereke e ile ea leka ho emisa mosebetsi oa rōna oa Bokreste oa ho bolela litaba tse molemo ka hore e hlohlelletse moea oa bochaba. Bahanyetsi ba ile ba leka ho nyahamisa barab’abo rōna ka ho ba hlasela ka mabifi le ka ho sokamisa molao. Ka mohlala, barab’abo rōna ba 21 ba ne ba ntse ba le teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore lipolotiking. Nakoana ka mor’a ntoa, ba bangata ba ile ba lokolloa, ba leboha Jehova hore ebe o ba matlafalitse tumelong nakong eo e thata.

Ka tšohanyetso, ka la 9 April, 2001, Lefapha la Litaba Tsa ka Hare le ile la thibela hore re romelloe lingoliloeng tse tsoang linaheng tse ling. Hobane’ng? Ba ne ba re lingoliloeng tsa rōna li tla ba le tšusumetso e mpe ho bacha ba naha eo. E ’ngoe ea lingoliloeng tse neng li thibetsoe e ne e le Bibele!

Ka lebaka la litlaleho tse mpe tse neng li phatlalatsoa thelevisheneng le likoranteng ka mosebetsi oa rōna, ka linako tse ling beng ba matlo ba ne ba e-ba mabifi. Pula-maliboho e mong ea khethehileng o ile a re: “Ba ne ba re otla ka litebele kapa ba re jabela ha re ntse re bolela ka ntlo le ntlo ’me ka linako tse ling ba re betsa ka majoe.” Ho phaella moo, Liholo tse ling tsa ’Muso li ile tsa senngoa. Kajeno barab’abo rōna ba Serbia ba lumeletsoe ka molao hore ba bokane hammoho, le hoja ho hlokahala hore ba be seli.

Barab’abo rōna ba ntse ba tsoela pele ho bolela ka cheseho. Ba bontša hore batho ba Jehova ha ba na khethollo ’me ba bonahatsa lerato la sebele le kang la Kreste. Lilemong tsa morao tjena, ho ’nile ha hlophisoa liphutuho tse atlehileng tsa ho bolela litaba tse molemo tseo ho tsona barab’abo rōna ba linaheng tse ling tsa Europe ba qetang nako ea bona ea phomolo ba sebetsa masimong a sa abuoang Serbia le Montenegro. Empa ho ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ho finyella batho ba ka bang limilione tse tharo ba lulang libakeng tseo.

Kajeno Bethele e Belgrade e na le mehaho e meraro e pota-potiloeng ke lirapa tse ntle tsa lipalesa. Litho tse tharo tsa Komiti ea Naha li hlokometse mosebetsi oa rōna Serbia le Montenegro. Kaha Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae sebakeng sena seo pele se neng se tsekolotsoe ke ntoa, joale lebitso Serbia le ka ’na la re hopotsa cheseho le boikemisetso ba Lipaki Tsa Jehova.

Histori ea Kajeno ea Kosovo

Khohlano e neng e le teng pakeng tsa Maserbia le Maalbania, Kosovo, lilemong tsa bo-1980 e ile ea fella ka ntoa lilemong tsa bo-1990, ’me seo sa baka mahlomola le masisa-pelo a mangata. Boemo bona bo ile ba fa bara le barali babo rōna monyetla oa hore ba bontše balumeli-’moho le bona ba merabe eohle “lerato la bara ba motho le se nang boikaketsi.” (1 Pet. 1:22) Ho phaella moo, ba mametse taelo ea Kreste ea hore ba ‘rate lira tsa bona le ho rapella ba ba hlorisang.’ (Mat. 5:43-48) Empa ka linako tse ling, ho ne ho le thata ho etsa joalo.

Saliu Abazi, ea buang Sealbania, eo pele e neng e le Momosleme, oa hlalosa: “Barab’abo rōna bao e kileng ea e-ba Mamosleme, hase kamehla ba amoheloang ka mosa ke batho bao e ntseng e le Mamosleme, ’me beng ka rōna, ka phoso ba fihlela qeto ea hore re ba lahlile kaha re khethile bolumeli bo bocha. Ho boetse ho thata hore motho eo e kileng ea e-ba Momosleme a pakele Moserbia ka lebaka la likhohlano tsa merabe tse teng pakeng tsa Maalbania le Maserbia.”

Leha ho le joalo, batho ba 30 ba merabe e sa tšoaneng ba ne ba kopanela ha Saliu. Saliu o re: “Lilemong tseo, liboka li ne li tšoaroa ka Seserbia, ’me lingoliloeng tsa rōna li tsoa Belgrade. Ka letsatsi le leng mapolesa a ile a kena thoboloko ha ka! Nakong eo, barab’abo rōna ba tsoang Belgrade ba ne ba qeta ho re tlisetsa lingoliloeng, ’me re ne re ntse re iqoqela. Ha ke bolella mapolesa hore batho bao ke barab’eso, ba ne ba sa utloisise hore na ke joang Maserbia le Maalbania e ka bang bara ba motho.” Ka 1998, bahoeletsi bana ba ile ba fumana sebaka seo ba ka se hirang e le hore ba se sebelise e le Holo ea ’Muso motseng o moholo ka ho fetisisa oa Kosovo, e leng Priština.

Nakong ea selemo ka 1999, likhohlano tsa merabe le tsa bochaba li ile tsa mpefala ka tsela e tšosang. Saliu o re: “Moahelani oa ka o ile a re sokela ka hore haeba ’na le mora oa ka re sa ee ntoeng, ba tla re chesetsa ntlo. Maemo a lipolotiki a ile a ama batho hampe. Kaha batho ba ne ba sa amohele puso ea mehleng ea Serbia, melao e ne e sa lateloe ’me batho ba le mabifi ba bile ba iketsetsa borata.”

Ha boemo ba lipolotiki bo ntse bo mpefala le ho feta, lintho li ile tsa thatafalla Maserbia a lulang Kosovo haholo. Ka 1999, ha ntoa e ntse e kupa, Maserbia le Maalbania a likete a ile a tlameha ho balehela linaheng tsa boahelani. Le hoja merabe e ne e loantšana ka matla joalo, Saliu o ile a ipeha kotsing ka hore a lumelle barab’abo ba Maserbia hore ba tšabele ha hae.

HO FETOLOA KE MONAHANO OA JEHOVA

Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Maserbia le Maalbania a ne a sa batlane le moo a hatileng teng. E ne e le ntho eo re ithutileng eona ho tloha bongoaneng. Esita leha motho a se a ithutile ’nete, maikutlo ao a ntse a sa hlakohe habonolo. Ba bangata ba rōna re ile ra tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō e le hore re lumellane le monahano oa Jehova. Ka lebaka la lehloeo lena, esita le hoja ke ne ke ntse ke ithuta hore Jehova o lerato, ke ne ke atisa ho qoba morali’abo rōna e mong phuthehong hobane feela e le Moserbia. Empa ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta, ke ile ka hlokomela hore le hoja lithuto tsa malumeli a mang li arola batho, ’nete e ka Lentsoeng la Jehova eona ea ba kopanya.” Na matla a fetolang a Lentsoe la Molimo a thusitse morali eo oabo rōna hore a apare botho bo bocha ba Bokreste? O re: “Kajeno ke thabela ho kopanela phuthehong e le ’ngoe le bara le barali babo rōna ba Maserbia.”—Bakol. 3:7-11; Baheb. 4:12.

Bonngoe ba Bakreste ba ’nete bo totobetse lefatšeng lena le arohantsoeng ke bolumeli. Ha bochaba bo ne bo susumelletsa batho hore ba chese matlo ’me ba sebelise liqhomane tsa letsoho, barab’abo rōna bona ba ne ba ea kopanong e neng e tšoaretsoe Belgrade, Serbia, ka July 1998. Barab’abo rōna ba Maalbania, Macroatia, Bamacedonia le Baromani ba ne ba tsamaea hammoho ka khotso, ka bese. Dashurie Gashi, ea neng a il’o kolobetsoa kopanong eo, o re: “Ha masole a emisa bese, re ile ra bona lifahlehong tsa ’ona kamoo a maketseng kateng. Le hoja ho ne ho e-na le likhohlano tsa merabe linaheng tsena, rōna re ne re kopane—re le batho ba Jehova.”

Moroetsana e mong oa Moromani o ile a rutoa ’nete ke bo-’mangoan’ae ba lulang naheng e ’ngoe. Tšitiso ea pele eo a ileng a tlameha ho e hlōla ke ea ho se tsebe ho bala le ho ngola. Empa ho rata Jehova ho ile ha mo susumelletsa hore a ithute ho bala le ho ngola ka lilemo tse tharo tseo a ithutileng Bibele ka tsona. Tšitiso ea bobeli e ne e le ntate-moholo oa hae, eo a neng a lula eena. O re: “Ke ne ke thoba ha ke ea libokeng.” Empa ha a khutla libokeng, ntate-moholo oa hae o ne a mo otla. O re: “Ke ne ke hlokofatsoa ’meleng ka lebaka la ’nete, empa ha kea ka ka tela. Ke ne ke nahana kamoo monna ea tšepahalang, Jobo, a ileng a utloa bohloko kateng. Ke ne ke rata Jehova haholo, ’me ke ikemiselitse ho tsoela pele ke ithuta.” Hona joale ke pula-maliboho, ’me o ithuta Bibele le banana ba babeli ba sa tsebeng ho bala le ho ngola. Le hoja a sa ea sekolong, o ananela tsela eo Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se mo koetlisetseng kateng hore a rute ba bang.

Adem Grajçevci e ne e le Momosleme pele a ithuta ’nete ha a le Jeremane ka 1993. Joale, ka 1999, o ile a khutlela ha habo Kosovo, ’me joaloka Lipaki tse ling tse ngata tse ncha, o ile a tlameha ho tobana le lehloeo le khanyetso ea lelapa labo. Adem o re: “Ha ke ntse ke ithuta ’nete, ke ile ka thusoa haholo ke ho tseba hore Satane ke ’musi oa lefatše lena le hore ke eena ea bakang masetla-libete ’ohle a teng.” Ntate oa Adem o ne a sa rate bolumeli bo bocha ba Bokreste ba mora oa hae kahoo a re a khethe pakeng tsa Jehova le lelapa labo. Adem o ile a khetha Jehova, a hatela pele hantle moeeng ’me hona joale ke moholo oa Mokreste. Ho thabisang ke hore ha lilemo li ntse li ea, ntate oa Adem o ile a nolofala ’me hona joale o hlompha qeto ea Adem.

Mora oa Adem ea bitsoang Adnan, o ne a sa thahaselle bolumeli ho hang ha a sa le monyenyane. O ne a ikakhetse ka setotsoana mekhoeng ea ho loana a sa sebelise libetsa, ’me ba hlōlisanang le eena ba ne ba mo bitsa ’Molai. Leha ho le joalo, o ile a tela seo sohle ha qetellong ’nete e mo ama pelo. O ile a hatela pele hantle ’me a kolobetsoa. O ile a re: “Nakoana ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka tlameha ho etsa qeto. Ke ne ke sebetsa mosebetsi o lefang, ’me ke eme hantle licheleteng. Empa moeeng teng ke ne ke hula ka thata, ke se na nako e kaalo ea ho kopanela tšebeletsong. Ke ile ka etsa qeto ea hore joale ke nako ea hore ke etse liphetoho, kahoo ka tlohella mosebetsi.” O ile a qala ho bula maliboho, a khethoa e le mohlanka ea sebeletsang ’me hamorao a memeloa ho ea tlelaseng ea pele ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, Albania. Adnan, eo joale e seng e le moholo, eena le mosali oa hae Hedije, ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. O ikutloa joang ka qeto eo a e entseng? O re: “Ke thabile haholo. Ha ke ikoahlaele hore ebe ke khethile tšebeletso ea nako e tletseng.”

BORAPELI BO MOMAHANENG LE THUPELO

Kajeno liphutheho tsohle tse tšeletseng tsa Kosovo li sebelisa mehaho e hiriloeng e le Liholo Tsa ’Muso. Liphutheho tse ling li nyenyane, joaloka e motseng oa Peć, e nang le bahoeletsi ba 28. Kaha barab’abo rōna ba khethiloeng baa fokola, liphutheho tse ling ha li khone ho ba le puo ea phatlalatsa beke e ’ngoe le e ’ngoe. Leha ho le joalo, le bona ka botšepehi ba tšoara Thuto ea Molula-Qhooa le liboka tse ling tsa phutheho beke le beke, joaloka bara le barali babo rōna ba Peć.

Ka lilemo tse ngata, ka lerato Komiti ea Naha ea Serbia e ’nile ea hlokomela barab’abo rōna ba Kosovo linakong tse thata ka ho fetisisa. E le ho hlokomela litlhoko tse ntseng li fetoha tsa barab’abo rōna, ka selemo sa 2000, Sehlopha se Busang se ile sa abela lekala la Albania hore le hlokomele mosebetsi oa boboleli, Kosovo.

Ho fihlela lilemong tsa morao tjena, boholo ba Lipaki Tsa Jehova Kosovo e ne e le Maserbia, kahoo liboka li ne li tšoaroa ka Seserbia, ’me barab’abo rōna ba ne ba thabela ho thusa batho ba buang Sealbania hore ba utloisise lintlha tse lenaneong. Empa joale boemo bo fetohile. Barab’abo rōna ba bangata Kosovo ke Maalbania. Ntle ho phutheho e le ’ngoe feela ea Seserbia, liboka kaofela li tšoaroa ka Sealbania, ’me barab’abo rōna ba thabela ho toloka lipuo e le hore barab’abo rōna ba Maserbia ba utloisise se tšohloang. Likopano li tšoaroa ka lipuo tseo ka bobeli. Ka mohlala, lenaneo lohle la kopano ea setereke ea 2008 le ile la fanoa ka Sealbania, la tolokoa ka Seserbia, ’me lipuo tsa sehlooho tsa fanoa ka Seserbia ke baholo ba Kosovo. Mora e mong oabo rōna oa hlalosa, “Le hoja ka ntle batho ba hloeane, rōna ka holong ka mona re lelapa.”

Le hoja baahi ba bangata ba Kosovo e le Mamosleme, ba hlompha Bibele ’me ba bangata ba rata ho bua ka bolumeli. Barab’abo rōna ba Kosovo ba ile ba thaba haholo ha ho e-ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 164 ka 2008. Kaha ba tšepile Jehova ka ho feletseng, ba ikemiselitse ho tsoela pele ba sebetsa ka thata hore ba koahele tšimo ea bona, ba bolelle batho ba lichaba tsohle litaba tse molemo.

Histori ea Kajeno ea Montenegro

Perela ena e patehileng ea Mediterranean ke naha e nyenyane e khahlehang e Lebōpong la Adriatic. Montenegro, e pota-potiloeng ke Albania, Kosovo, Serbia, Bosnia le Herzegovina, ke naha e nang le lintho tse ngata tse sa tšoaneng le e ntle ka mokhoa o makatsang. Naha ena e iphaphathile ka lebōpo le letle la Adriatic, sebakeng se bolelele ba lik’hilomithara tse 293. Khohlo ea Nōka ea Tara ke e ’ngoe ea likhohlo tse tebileng le tse telele ka ho fetisisa, Europe. Letša la Scutari ke lona le leholo ka ho fetisisa Linaheng tsa Balkan ’me le na le se seng sa libaka tse khōlō ka ho fetisisa tseo linonyana li tšabelang ho tsona, Europe. Lintho tsena tsohle li naheng e ka kenang hararo naheng ea Switzerland!

Leha ho le joalo, histori ea naha ena e tletse lintoa, liqabang le mahlomola. Kahoo, mathata ao batho ba Montenegro ba fetileng ho ’ona a bile le tšusumetso e khōlō meetlong ea bona, tseleng eo ba nahanang ka eona le setsong sa bona. Lintho tse nkeloang holimo setsong sa bona ke litšobotsi tse kang sebete, botšepehi, seriti, boikokobetso, boitelo le ho hlompha batho ba bang. Batho ba bangata ba Montenegro ba fetileng maemong a boima ba amohetse litaba tse molemo tsa ’Muso ’me ba sireletsa ’nete ea Bibele ka botšepehi.

KHŌLO EA MOEA

Na ho na le motho ea neng a le teng kopanong e ikhethang e neng e tšoaretsoe Zagreb, Croatia, ka 1991 ea tla ke a lebale bonngoe ba barab’abo rōna ba neng ba bokane moo, ba tsoa likarolong tsohle tsa Yugoslavia ea mehleng le lerato leo ba ileng ba le bontša? Savo Čeprnjić, ea neng a sa tsoa qala ho ithuta Bibele, o re: “Kaha ho ne ho foka moea oa ntoa, ho ne ho le kotsi ho tloha Montenegro ho ea Croatia. Ke ile ka makala ha ke bona libese tse ngata hakaalo li fihla kopanong empa ho se na bothata ba letho. Ntho e ileng ea nkhahla le ho feta ke khotso le bonngoe tse neng li le teng har’a Lipaki. Letsatsing la pele, ho ne ho tlile mapolesa a makholo, empa ka mor’a ho hlokomela hore re batho ba khotso, ke a seng makae feela a ileng a tla matsatsing a latelang.”

Pele ntoa e qala, banyalani ba bang ba lulang Croatia ba ne ba tloaetse ho ea Montenegro ba il’o ithuta le Savo. Joale Savo o ne a tla tsoela pele ho ithuta Bibele joang ha meeli e se e koetsoe?

Savo o re: “Batho ba thahasellang ba neng ba se ba hatetse pele thutong ea bona ba ne ba lokela ho ruta ba bang. Mora e mong oabo rōna ea kolobelitsoeng o ne a ithuta le ’na ka buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Empa ha a se a sa khone ho tla, motho e mong ea sa kolobetsoang o ile a nkhannela thuto. Ka 1992, sehlopha se neng se kopanela Thutong ea Buka ea Phutheho le ea Molula-Qhooa motseng oa Herceg Novi se ne se eketsehile ’me se e-na le batho ba 15.” Savo hammoho le mosali oa hae le morali, ba ile ba hatela pele ’me ba kolobetsoa ka 1993. Kajeno ho na le Holo ea ’Muso le bahoeletsi ba 25 motseng ona o motle haholo, o haufi le lebōpo la leoatle.

Mathoasong a bo-1990, sehlopha sa bahoeletsi se ne se kopanela motse-moholo oa Podgorica. Sehlopha seo se ile sa tsoela pele se hōla ’me ka 1997 ho ile ha lokisetsoa hore ho rekoe setša sa Holo ea ’Muso. Setša seo barab’abo rōna ba ileng ba se reka, se ne se e-na le lebota ’me ba ile ba etsa qeto ea hore ba se ke ba le heletsa e le hore batho ba se ke ba ba ferekanya. Empa lepolesa le neng le lula mokatong o ka tlaase mohahong o mong o haufi le moo le ile la ba kōpa hore ba le heletse e le hore le ka fumana khanya e eketsehileng ka tlung ea lona. E le ho boloka kamano e ntle le moahelani eo, barab’abo rōna ba ile ba lumela hore ba tla le heletsa ’me ba kenye terata. Moea oa bona oa boahelani o ile oa tlisa tlhohonolofatso e kaakang!

Ha batho ba bang ba hirileng mohahong oo ba ne ba tšoenya barab’abo rōna, lepolesa leo le ile la ba lemosa hore haeba ba ka hlasela Holo ea ’Muso, le tla etsa bonnete ba hore baa qosoa. Hona joale barab’abo rōna ba na le Holo e ntle ea ’Muso, ntlo eo bo-pula-maliboho ba khethehileng ba lulang ho eona le sebaka se seholo se sirelelitsoeng seo ho emisoang likoloi ho sona le seo ho ka tšoareloang likopano ho sona.

Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba motseng oa Nikšić, bona lintho ha lia ka tsa ba tsamaela hantle. Ba ile ba reka setša ka 1996, empa baahi ba motse ba ne ba sa batle Holo ea ’Muso moo. Barab’abo rōna ba ne ba kata setšeng bosiu le motšehare, ba tšaba hore baahi ba moo ba ka ’na ba baka tšenyo. Ka le leng, moruti oa moo o ile a bokella mokhopi oa batho ba 200, ba ileng ba itšohlometsa setšeng moo ba nkile lithunya le melamu. Ba ile ba thunyetsa moeeng ’me ba qala ho tlosa litene tse hahileng Holo ea ’Muso ka bonngoe. Mapolesa a ile a ikemela feela a sa etse letho.

Ha ba hlōleha ho rarolla qaka eo ka khotso, barab’abo rōna ba ile ba batla setša se seng. Lilemo tse ’nè hamorao, ba ile ba fumana mohaho o mong oo ba ileng ba o nchafatsa ’me ba o etsa Holo ea ’Muso. Qalong, ho ne ho bonahala eka baahi ba moo ha ba na bothata, empa ka mor’a likhoeli tse seng kae, Holo eo ea ’Muso e ile ea cha ka tsela e belaetsang. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba neng ba ikemiselitse, ha baa ka ba tela. Ba ile ba tsosolosa holo eo. Ka mor’a moo, ha baa ka ba hlola ba e-ba le mathata.

Liphutheho tse ’nè tsa Montenegro li hlokomeloa ke Komiti ea Naha ea Serbia. Kaha mohoeletsi a le mong o shebane le batho ba 2 967 naheng eo, bahoeletsi ba moo ba 201 ba ananela thuso ea bo-pula-maliboho ba tšeletseng ba khethehileng. Ka tloaelo, batho ba Montenegro ba nahana hore bolumeli bo tsamaisana le meetlo, eseng ho bala Bibele. Empa bara le barali babo rōna ba Montenegro ba phehella ka botšepehi hore ba bolele litaba tse molemo ka sebete.

Histori ea Kajeno ea Slovenia

Pele Slovenia e fumana boipuso ka 1991, e ne e le karolo ea Yugoslavia e ka leboea-bophirimela. Ka mor’a hore e fumane boipuso, moruo oa eona o ile oa hōla ka mokhoa o tsitsitseng, ’me ka 2004, Slovenia e ile ea e-ba karolo ea European Union. Le hoja e le nyenyane, Slovenia e na le libaka tse ngata tse sa tšoaneng. Naha eo e na le lithaba tse khōlō tse matsutla-tsutla, matša a lithabeng, meru e tlokomang, mahaha a maholo a lejoe la mokoetla le lebōpo le khahlehang. Motho a ka nka hora le metsotso e seng mekae a theoha matsoapong a lithaba tsa teng a pholileng ho ea merung e khathollang ea lifate tsa mohloaare le masimo a merara a Lebōpong la Adriatic. Ho phaella moo, libaka tse bontšang setso le histori ea Slovenia li fana ka menyetla e mengata ea lintho tseo batho ba ka ithutang tsona. Leha ho le joalo, botle ba naha ena e nyenyane ha bo felle feela lirapeng tsa eona tsa boikhathollo le metseng ea histori. Slovenia e na le letlotlo le enneng la moea.

LIHOLO TSA ’MUSO LE BO-PULA-MALIBOHO

Ntle ho pelaelo, ua hopola hore Maribor ke motse oo “bakuti ba moriri ba lumelang Bibeleng” ba ileng ba bolela tumelo ea bona e ncha ho oona. Reschorente e ’ngoe, eo hamorao ka nepo e ileng ea rehoa lebitso la Novi Svet (Lefatše le Lecha), e ne e le sebaka se loketseng seo sehlopha se senyenyane se qalileng moo, se neng se kopanela ho sona. Kajeno Lipaki tsa Slovenia li leboha Jehova ka Liholo tse ntle tsa ’Muso tseo li rapellang ho tsona le tseo li rupelloang ho tsona. Kaha lilemong tsa bo-1990 bahoeletsi ba ile ba eketseha le maemo a ntlafala, ho ile ha thehoa Komiti ea Kaho ea Lebatooa. Baithaopi ba fetang 100 le menehelo e tsoang linaheng tse ling e thusitse liphutheho ho haha Liholo Tsa ’Muso tse 14 kapa ho li nchafatsa, ho tloha ka 1995.

Ha palo ea bahoeletsi e ntse e eketseha, bo-pula-maliboho ba kamehla le bona ba ile ba eketseha—ho tloha ho ba 10 ka 1990 ho fihla ho ba 107 ka 2000. E mong oa bo-pula-maliboho bana ba chesehang e ne e le Anica Kristan, ea neng a ikakhetse ka setotsoana lipolotiking pele a amohela ’nete.

Bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba tlileng Slovenia ho tla sebeletsa teng, ba bile le tšusumetso e khōlō mosebetsing oa boboleli. Ka 1992, baromuoa ba pele ba ile ba fihla mona, e leng Franco le Debbie Dagostini. Ha baromuoa bana ba abeloa ho ea Afrika, ba bang ba bacha ba babeli, e leng Daniel le Karin Friedl, ba neng ba tsoa Austria, ba ile ba abeloa ho tla Slovenia. Morao tjena, Geoffrey le Tonia Powell hammoho le Jochen le Michaela Fischer, e leng baromuoa ba tsoang Gileade, ba ile ba abeloa ho sebeletsa mona. Bona hammoho le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Austria, Italy le Poland, ba bontšitse lerato le tebileng ho Jehova le takatso e matla ea hore ba thuse batho.

LIKOMITI TSA BOHOKAHANYI LE LIPETLELE

Ka 1994, ho ile ha thehoa Lefapha la Boitsebiso ba Lipetlele Bethele, le Likomiti tse peli tsa Bohokahanyi le Lipetlele. Barab’abo rōna ba bang ba neng ba le likomiting tseo, ba ile ba kopana le letona la bophelo, le ileng la lokisetsa hore ho tšoaroe kopano le baokameli ba lipetlele tsohle tsa Slovenia. Barab’abo rōna ba ile ba hlalosa mosebetsi oa Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele ’me ba hlakisa mabaka ao ka ’ona Lipaki Tsa Jehova li hanang ho tšeloa mali. Sena se entse hore lingaka li sebelisane hantle le bakuli ba hanang ho tšeloa mali le hore ho ngoloe lihlooho tse hlalosang mekhoa ea phekolo e sa sebeliseng mali likoranteng tsa bongaka.

Ka 1995, lingaka tsa Slovenia li ile tsa etsa opereishene ea pele ea pelo li sa sebelise mali. Mecha ea phatlalatso e ile ea tlaleha ka katleho eo, ’me ngaka e entseng opereishene eo le e robatsang bakuli ka lithethefatsi, li ile tsa ngola sehlooho se loketseng lingaka se buang ka taba eo. Kahoo, sena se ile sa bula khoro tabeng ea ho phekola bakuli ba sa tšeloe mali, ’me lingaka tse ling tse ngata li ikemiselitse ho hlompha Lipaki Tsa Jehova mabapi le phekolo eo li e khethang.

HO KHOTSOFATSA LITLHOKO TSA TŠIMO E HŌLANG

Ka mor’a liphetoho lipolotiking ka 1991, Sehlopha se Busang se ile sa etsa qeto ea hore ho thehoe ofisi Slovenia e tla hlokomela mesebetsi ea ’Muso hantle. Ho ile ha rekoa mohaho o nang le mokato o le mong ka holimo, o bohareng ba motse-moholo oa Slovenia, e leng Ljubljana. Mohaho oo o ile oa nchafatsoa, ’me ka la 1 July, 1993, o ne o loketse hore basebeletsi ba Bethele ba fallele ho oona. Qalong, lelapa la Bethele le ne le e-na le litho tse 10, empa pele ho feta lilemo tse leshome li ne li se li le 35. Kahoo ho ile ha hiroa mohaho o mong o haufi le oo hore e be kichine, kamore ea ho jela le ea ho hlatsoetsa liaparo. Khabareng, basebeletsi ba Bethele ba ile ba fallela mehahong e meng e haufi le moo e le hore ho be le liofisi tse eketsehileng. Ofisi ea Slovenia e qalile ho sebetsa e le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ka 1997.

Ha Sehlopha se Busang se lumela hore ho hahoe ofisi e ncha ea lekala Slovenia, barab’abo rōna ba ile ba qala ho batla setša se loketseng. Ka mor’a ho hlahloba litša tse ka bang 40, barab’abo rōna ba ile ba khetha se seng se mosikong oa lithaba tse ntle, haufi le motse oa Kamnik, lik’hilomithara tse 20 ho tloha motse-moholo. Barab’abo rōna ba ile ba etsa lintho tse hlokahalang e le hore ba seheloe setša seo, eaba ba fumana tumello ea ho haha, ba reka setša, ba saena tumellano le k’hamphani e hahang, ’me ba bitsa basebeletsi ba machaba ho tla sebetsa kahong. Lintho tsohle li ne li bonahala eka li mocheng.

Leha ho le joalo, ha sechaba se tseba ka mosebetsi oo, kapele baahi ba moo ba ile ba bontša hore ba khahlanong le seo. Letsatsing leo kaho e neng e lokela ho qala ka lona, baipelaetsi ba ile ba koala tsela e eang setšeng. Ka mor’a nakoana, ba ile ba tšoara liphatlalatso tse bontšang hore ba khahlanong le seo. Matsatsi a tšeletseng hamorao, hoo e ka bang har’a mpa ea motšehare, ho ile ha fihla mapolesa a ka bang 30 ho tla sireletsa basebetsi ba motse ba neng ba laetsoe ho tlosa lithibella tsa baipelaetsi; baipelaetsi bao ba ile ba hlapaola mapolesa. Empa ka nako eo, mosebetsi oa kaho o ne o chechisitsoe, kahoo barab’abo rōna le basebetsi ba k’hamphani e hahang ba ne ba le sieo setšeng letsatsing leo. Ha mosebetsi o se o chechisitsoe, khanyetso e ile ea kokobela, ’me barab’abo rōna ba batla tsela ea ho rarolla taba eo ka khotso.

Ka makhetlo a mararo, baipelaetsi ba ile ba senya terata e sirelelitseng setša, empa khoeli hamorao, mosebetsi o ile oa qetella o tsoetse pele, ntle ho tšitiso ea letho. Ha e le hantle, taba e ileng ea qala e le ho hlasela batho ba Jehova e ile ea fella e le tlhohonolofatso hobane ba phatlalatso ea litaba ba ile ba bua ka eona haholo. Ho ile ha buuoa ka mosebetsi ona oa kaho ka makhetlo a fetang 150 thelevisheneng, seea-le-moeeng le likoranteng. Mosebetsi oa kaho o ile oa qetoa ka mor’a likhoeli tse ka bang 11, ’me ka August 2005, lelapa la Bethele le ile la fallela mohahong oo o mocha.

Ho tloha ka nako eo, kamano ea barab’abo rōna le baahelani ba bona e fetohile ka ho feletseng. Baahelani ba bangata ba etetse mohahong oo oa lekala. Hamorao, motho e mong ea neng a hanyetsa pele o ile a thahasella mosebetsi oo oa kaho haholo. O ile a re botsa hore na re bo-mang le hore na ho tl’o etsuoa’ng ka mohahong oo. Ha a ne a bontšoa mohaho oo, o ile a khahloa ke hore ebe o amohetsoe ka mofuthu, le kamoo mohaho oo o neng o hloekile kateng. O ile a re ho barab’abo rōna: “Baahelani baa mpotsa hore na joale ke se ke le ka lehlakoreng la lōna ’me ke ba araba ka ho re, ‘Feela joalokaha ke ne ke sa batle Lipaki Tsa Jehova pele, hona joale kea li tšehetsa hobane ke batho ba molemo.’”

La 12 August, 2006, e bile letsatsi le thabisang, leo ka lona Theodore Jaracz oa Sehlopha se Busang a ileng a fana ka puo ea nehelo ho bamameli ba 144 ba tsoang linaheng tse ka bang 20. Sebokeng se khethehileng se neng se tšoaretsoe Ljubljana, o ile a fana ka puo ho bamameli ba 3 097 ba tsoang likarolong tsohle tsa Slovenia, hammoho le Croatia, Bosnia le Herzegovina.

BOKAMOSO BO KHANYANG

Lipaki Tsa Jehova tsa Slovenia li kholisehile ka ho feletseng hore Ntate oa tsona oa leholimo o tla li tataisa le ho li hlohonolofatsa nakong e tlang. Kopanong ea setereke ea 2004, li ile tsa thaba ha li fumana Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seslovenia. Kaha joale li thusoa ke lekala le lecha le hlomeletsoeng hantle, ebile tse ngata li sebetsa ka thata e le bo-pula-maliboho, li ikemiselitse ho phethahatsa thomo ea tsona ea ho bolela le ho etsa barutuoa.—Mat. 28:19, 20.

Slovenia, moo batho ba bangata e leng Maroma a K’hatholike, puso ea Makomonisi e entse hore batho ba bangata ba se ke ba lumela hore Molimo o teng. Ho phaella moo, batho ba bangata ba imetsoe ke matšoenyeho a bophelo kapa ba hoheloa ke leraba la ho rata lintho tse bonahalang. Ba bang ba rata lipapali kapa boithabiso haholo. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le batho ba lipelo li tšepahalang ba thahasellang litšepiso tsa Molimo tse ka Bibeleng.

Mosebetsi o hatetse pele. Ka August 2008, ho ile ha e-ba le tlhōrō ea bahoeletsi ba 1 935, ’me hoo e ka bang mohoeletsi a le mong ho ba bane, o ne a kopanetse tšebeletsong ea bopula-maliboho ba mofuta o itseng. Hona joale tšimo ea lipuo tse ling e akarelletsa ea Sealbania, Sechaena, Secroatia, Senyesemane le Seserbia, hammoho le Puo ea Matsoho ea Slovenia. Ho fapana le ha mosebetsi o ne o qala Slovenia, ho e-na le bakuti ba moriri ba babeli feela ba neng ba bolela litaba tse molemo, hona joale letšoele le leholo la baboleli ba chesehang ba merabe e sa tšoaneng le batla ba tšoanelehang, ba lakatsang ho sebeletsa Jehova, Molimo oa ’nete.—Mat. 10:11.

Sebakeng sena se Linaheng tsa Balkan, seo pele se neng se tsejoa e le Yugoslavia, ho bile le likhohlano, masetla-libete le mahlomola a tšabehang. Le hoja batho ba malumeli a sa tšoaneng ba khethollana ’me merabe e sa tšoaneng e hloeane, lerato le teng har’a batho ba Jehova le ba khetholotse e le barutuoa ba ’nete ba Kreste ’me le bontšitse hore borapeli ba ’nete ba Jehova bo phahame ho feta ntho leha e le efe eo lefatšeng lena le ka fanang ka eona. Ho etsisa ha bona Molimo tabeng ea ho bontša lerato ho hohetse batho ba bangata hore ba amohele borapeli bo hloekileng ’me ho thusitse barab’abo rōna hore ba lule ba tiile ba bile ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova ba kopane, ka ho sa feleng.—Esa. 2:2-4; Joh. 13:35.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Maustaše e ne e le litho tsa mokhatlo oa Bofascista o buellang liphetoho, o neng o tšehetsoa ke Kereke e K’hatholike, o loanelang boipuso ba Croatia. A ne a tsebahala ka ho ba sehlōhō haholo.

b Ka lebaka la boemo ba lipolotiki bo neng bo le teng, ho ile ha kenyelletsoa lentsoe “Bomolimo” ho hlalosa mofuta oa tokoloho eo barab’abo rōna ba neng ba e batla.

c Sheba sehlooho se reng, “Ho Thusa Lelapa Labo Rōna la Balumeli Bosnia,” se Molula-Qhooeng oa November 1, 1994, leqepheng la 23-27.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 165]

Le hoja batho ba Yugoslavia ba ne ba khethollana ka bochaba le ka bolumeli, barab’abo rōna ba ne ba momahane

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 173]

‘Na ke moo hobane ke khahlisa motho? Che! Na bophelo ba ka bo itšetlehile ka seo ba bang ba ka ’nang ba se bua, ba se nahana kapa ba se etsa? Che!’

[Lebokose le leqepheng la 144]

Merabe e sa Tšoaneng ea Yugoslavia ea Mehleng

Ha u ka botsa batho ka maemo a neng a le teng Yugoslavia ea mehleng, ho ka etsahala hore ba u arabe ka litsela tse sa tšoaneng. Seo ba ka lumellanang ka sona ke hore ho ne ho e-na le merabe e supileng e ipolelang hore ke ea malumeli a sa tšoaneng, e bileng e buang lipuo tse fapaneng tse nang le litlhaku tse sa tšoaneng tsa alfabeta. Merabe e khetholloa haholo-holo ka bolumeli ba eona. Lilemong tse ka holimo ho tse 1 000 tse fetileng, Bokreste-’mōtoana bo ile ba aroloa ka Mak’hatholike a Roma le Mak’hatholike a Orthodox. Moeli o arolang lihlopha tsena tse peli o matha bohareng ba sebaka seo pele e neng e le Yugoslavia. Boholo ba batho ba lulang Croatia le Slovenia ke Mak’hatholike a Roma ha ba lulang Serbia le Macedonia boholo ba bona e le Maorthodox. Bosnia teng ho kopa-kopane Maislamo, Mak’hatholike le Maorthodox.

Joalokaha bolumeli bo arotse batho lihlopha, ka ho tšoanang puo le eona e arotse batho. Batho ba bangata ba moo pele e neng e le Yugoslavia, ntle ho ba Kosovo, ba bua Seslavo sa Boroa. Le hoja naha ka ’ngoe e na le puo ea eona, ho sebelisoa ha mantsoe a mangata a tšoanang ho nolofalletsa Maserbia, Macroatia, Mabosnia le Mamontenegro hore a buisane. Empa boemo bo batla bo fapane Kosovo, Macedonia le Slovenia. Le hoja qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo ho ile ha etsoa boiteko ba ho kopanya lipuo tse tšoanang, ka 1991 bo ile ba khaotsa ha Yugoslavia e arohana. Lilemong tse leshome tse fetileng, linaha tsohle li lekile ho ikemela ka hore li sebelise mantsoe a itseng ’me li qobe a mang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 148]

Setei sa Lioache se Phatlalatsa ’Nete Slavonia

Lilemong tsa bo-1930, Antun Abramović o ne a tsamaea metseng e sa tšoaneng ea Croatia, a lokisa lioache. Ha a fihla ntlong ea baeti o ile a fumana e ’ngoe ea libukana tsa rōna. Ha a ntse a e bala, kapele feela o ile a hlokomela hore ke ’nete ’me seo sa mo ama ka ho teba. Sena se ile sa mo susumelletsa hore a ngolle ofisi ea lekala ’me a kōpe lingoliloeng tse ling. Ka mor’a nakoana, e ile ea e-ba mohlanka ea inehetseng oa Jehova. Ka mor’a moo, ha a ne a tsamaea le metse, o ne a lokisa lioache tsa batho a bile a ba pakela. E ne e le habohlokoa hore a bolele ka tsela ena e patehileng kaha mosebetsi oa boboleli o ne o thibetsoe. Ha a le motsaneng oa Privlaka, o ile a kopana le batho ba ileng ba amohela ’nete ka pelo eohle. Ha nako e ntse e ea, ho ile ha thehoa phutheho e nyenyane moo. Ho tloha moo, ’nete e ile ea fetela Vinkovci le libakeng tse ling tse haufi.

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Mor’abo rōna Abramović o ile a thusa tabeng ea ho hatisa lingoliloeng ka sekhukhu, tse ileng tsa ajoa Yugoslavia eohle. Kaha o ne a etsa mosebetsi ka cheseho, ke e mong oa barab’abo rōna ba 14 ba ileng a ahloleloa ho hlola teronkong nako e telele haholo ka 1947. Ka mor’a hore a lokolloe teronkong, e ile ea e-ba molebeli ea tsamaeang. O ile a lula a cheseha ka matla tšebeletsong ea Jehova bophelo bohle ba hae.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 151]

Motsamaisi oa Sehlopha sa ’Mino e ba Pula-maliboho

Lilemong tse ngata tse fetileng, moo kajeno ho thoeng ke Bosnia le Herzegovina, Alfred Tuček, ea neng a tsamaisa Sehlopha sa ’Mino oa Liletsa sa Balebeli ba Moreneng, o ile a fuoa lingoliloeng tsa Bibele ke mosebetsi-’moho le eena ea bitsoang Fritz Gröger. Hoo e ka bang qetellong ea lilemo tsa bo-1920, Alfred o ile a ngolla Mokhatlo oa Lighthouse, Maribor, a bolela hore o batla ho ba pula-maliboho oa kamehla. Ka mor’a nako, e ile ea e-ba e mong oa bo-pula-maliboho ba pele ba Yugoslavia. Ho sa tsotellehe mosebetsi o neng o mo lefa hantle oa ho tsamaisa sehlopha sa sesole sa ’mino oa liletsa, ho rata Jehova ho ile ha mo susumelletsa hore a o tlohele ’me a se ke “a talima lintho tse ka morao.” (Luka 9:62) Mathoasong a bo-1930, o ile a tsamaea le bo-pula-maliboho ba tsoang Jeremane ha ba bontša batho “Photo-Drama of Creation.” O ile a boela a thusa hore ho etsoe likarete tsa tšimo bakeng sa ho hlophisa mosebetsi oa boboleli Yugoslavia. Ka 1934 o ile a nyala Frida, eo e neng e le e mong oa bo-pula-maliboho ba tsoang Jeremane. Kabelo ea bona ea pele e bile ea hore ba ee Sarajevo, Bosnia. Hamorao mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ile oa ba isa libakeng tsa Macedonia, Montenegro, Croatia le Serbia. Qalong ba ne ba sebelisa baesekele haholo empa hamorao ba ile ba sebelisa sethuthuthu. Le hoja nakong eo batho ba bangata ba ne ba sa amohele litaba tse molemo habonolo ’me mosebetsi oa boboleli o thibetsoe, ba ne ba tseba hore ba lokela ho finyella batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 155, 156]

Monateng le Litsietsing

Martin Poetzinger o sebelelitse linaheng tse ’maloa tsa Europe Bohareng pele a abeloa ho hlokomela bo-pula-maliboho, Yugoslavia. Ke hona moo a ileng a kopana le morali’abo rōna ea chesehang oa pula-maliboho oa Jeremane, e leng Gertrud Mende, eo a ileng a mo nyala hamorao. Ha bo-pula-maliboho ba ne ba kula, ba ne ba lokela ho itšetleha ka Jehova ka ho feletseng. Le hoja ba ne ba se na inshorense, kamehla ba ne ba fumana thuso eo ba e hlokang. Ka linako tse ling ha ba le maqakabetsing, Jehova o ne a sebelisa batho ba nang le tšekamelo e ntle hore ba ba thuse. Ka mohlala, ha Mor’abo rōna Poetzinger a le Zagreb, o ile a kula haholo, ’me Morali’abo rōna Mende o ile a mo thusa.

Gertrud o re: “Ka bo-1935, ’na le Martin re ile ra abeloa ho ea Sarajevo. Empa lintho ha lia ka tsa tsamaea kamoo re neng re lebeletse kateng. Mantsiboeeng a mang, Martin o ile a kula ’me bosiu a ba le feberu ea mocheso oa likhato tse ka bang 40 tsa Celsius. Ka le hlahlamang ha ke ea moo a lulang teng ho ea bona hore na o tsohile joang, ke ile ka fumana ’mè ea mo hiriselitseng ntlo a tšoenyehile ka boemo ba hae. Re ile ra leka ho mo fa setlhare se neng se sebelisoa sebakeng seo, sa veine e belisitsoeng le tsoekere e ngata. Leha ho le joalo ha aa ka a hlaphoheloa. Ke ile ka letsetsa lingaka tse ngata tseo ke fumaneng linomoro tsa tsona bukeng ea lifono, empa ha ho le e ’ngoe e neng e ikemiselitse ho tla hang-hang. Kaofela ha tsona li ne li e-na le mabaka.

“’Mè eo o ile a re re letsetse sepetlele, kahoo ke ile ka letsetsa mookameli oa sepetlele ’me ka mo hlalosetsa hore Martin oa kula, o na le feberu ea mocheso oa likhato tse 40 tsa Celsius. Mookameli eo o ne a le mosa haholo ’me o ile a romela ambulense. Ha Martin a palamisoa ambulense, ’mè eo o ile a re ho ’na, ‘U ke ke ua hlola u mo bona.’

“Ho phaella ho seo, re ne re e-na le bothata ba lichelete. Chelete feela eo re neng re e fumana rōna bo-pula-maliboho ke ea menehelo ea libuka, ’me e ne e se kaalo hore re ka iphelisa ka eona. Re ne re sa tsebe hore na re etse’ng, re bile re sa tsebe hore na litšenyehelo tsa ngakeng e tla ba bokae. Dr. Thaler o ile a mo hlahloba ’me a re: ‘Martin o ruruhile letsoalo ebile o lokela hore a buuoe. O tla nka nako pele a hlaphoheloa.’

“E tlameha ebe Dr. Thaler o ne a elelloa hore re na le mathata a lichelete kaha o ile a re, ‘Ke batla ho thusa batho ba nang le tumelo e tšoanang le ea lōna,’ eaba ha a lefise Martin ka mor’a hore a mo buoe. Jehova o ile a re thusa hore re tobane le boemo bona bo thata. Ho kula ha Martin ho ile ha re sitisa ho ea Sarajevo, kahoo re ile ra tlameha ho khutlela Jeremane.”

[Setšoantšo]

Martin Poetzinger ha a le Jeremane, ka 1931

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 161, 162]

Motšehare ke ne ke Sebetsa, Bosiu re Hatisa Lingoliloeng

LINA BABIĆ

O HLAHILE KA 1925

O KOLOBELITSOE KA 1946

PALE EA BOPHELO BA HAE O sebelelitse Bethele ho tloha ka 1953, ha mosebetsi o ne o ngolisoa ka molao. O ile a thusa ho hatisa lingoliloeng le ho li romela. Kajeno o ntse a sebeletsa ka botšepehi Bethele e Zagreb.

KA MOR’A hore barab’abo rōna ba lokolloe teronkong, kapele ho ile ha lokisetsoa hore ho hatisoe limakasine. Empa barab’abo rōna ba ne ba fokola ’me mosebetsi o le mongata. Ha ke tseba ka boemo boo, ke ile ka etsa qeto ea ho ithaopela ho thusa, le hoja ke ne ke e-na le mosebetsi oa boipheliso. Leha ho le joalo, ke ne ke batla ho thusa. Kahoo, motšehare ke ne ke qeta letsatsi lohle ke le mosebetsing oa boipheliso, ’me ka mor’a moo re hatisa lingoliloeng ho fihlela bosiu.

Ka nako eo, ho ne ho se na mohaho oa lekala motseng oo. Kahoo, banyalani ba bang ba hōlileng, e leng Petar le Jelena Jelić, ba ile ba re lumella hore re sebelise ntlo ea bona e nang le kamore e le ’ngoe hore re hatisetse lingoliloeng ka ho eona. Kamore eo e ne e le bophara ba limithara tse 4,5 le bolelele bo lekanang. Ho ne ho aloa lakane holim’a lepolanka le neng le behoa betheng ’me ho behoa maqephe a hatisitsoeng ho lona. Pel’a bethe ho ne ho e-na le tafole e tšehetsang mochine o hatisang o neng o tsamaisoa ka letsoho. Re ne re hatisa maqephe a ka bang 800 ka hora. Maqephe ao a fokola haholo ha a bapisoa le a mechine ea kajeno e hatisang, empa re ne re khotsofetse hore ka lebaka la mamello le ho sebetsa ka thata re ne re khona ho hlahisa lingoliloeng tsohle tse hlokahalang.

Re ne re ameha maikutlo ha re bona mamello ea ba ha Jelić ha ba re letetse hore re qete ho sebetsa, ’me re tlose maqephe a hatisitsoeng e le hore ba ka robala. Le ka mohla ba ne ba sa tletlebe. Ho e-na le hoo, ba ne ba thaba ’me mahlo a bona a khanya ke thabo hobane ka tsela eo ba ne ba tšehetsa mosebetsi oa ’Muso. Ha ba khona, Jelena le barali ba bang babo rōna ba hōlileng ba ne ba thusa ho bokella maqephe a hatisitsoeng, ba a kopanya le ho a mena. Thuso ea bona e ne e le ea bohlokoa haholo.

Ka 1958, re ile ra fumana mochine o hatisang ka motlakase, kahoo mosebetsi o ile oa e-ba bobebe. Ha re ne re qala ho hatisa ka 1931, re ne re hatisa limakasine tse 20 feela, empa mathoasong a lilemo tsa bo-1960, re ne re se re hatisa tse 2 400 ka lipuo tse tharo—e leng Secroatia, Seserbia (Secyril) le Seslovenia. Le hoja re ne re sa khone ho hatisa libuka, re ne re hatisa libukana tse ngata. Ka 1966, re ile ra ba le mosebetsi o moholo ka ho fetisisa oa ho hatisa. Setsi sa moo sa khatiso se ile sa re hatisetsa buka ea Ntho Tseo Molimo o Nong o ke ke oa Etsa Leshano ho Tsona, e le libukana tse 12. Libukana tseo tse 12 li ne li etsa buka e feletseng. E le hore ho hatisoe libuka tse 50 000 ka lipuo tseo tse tharo, ho ile ha hlokahala hore ho hatisoe libukana tse 600 000.

Kajeno ke sebeletsa Bethele e Zagreb. Kea thaba ha ke hopola lilemo tse fetileng tseo ke li qetileng ke le tšebeletsong ’me ke bona kamoo Jehova a hlohonolofalitseng mosebetsi kateng linaheng tsohle tsa Yugoslavia ea mehleng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 176, 177]

“Maemo a ka ’na a Fetoha ka ho Feletseng ka le Hlahlamang”

IVICA ZEMLJAN

O HLAHILE KA 1948

O KOLOBELITSOE KA 1961

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a koalloa ka makhetlo a mahlano ka lebaka la ho se nke lehlakore. Hamorao o ile a sebeletsa e le molebeli oa potoloho ka mafelo a beke, ’me hona joale o sebeletsa e le moholo phuthehong e ’ngoe, Zagreb.

BATSOALI ba ka ba ne ba le ’neteng, ’me lapeng re ne re bua ka eona. Ha ke ne ke bitsetsoa ho ea bosoleng, ke ile ka itlaleha ’me ka re ke batla ho hlalosa lebaka leo nke keng ka ea ka lona. Ka mor’a hore ke hlalose boemo ba ka ba ho se nke lehlakore, ke ile ka qosoa ’me ka ahloleloa likhoeli tse robong teronkong. Ha ke lokolloa, ke ile ka fumana ke emetsoe ke pitso e ’ngoe ea hore ke ee bosoleng. Ke ile ka boela ka qosoa, ’me lekhetlong lena ka ahloleloa selemo teronkong. Ha ke lokolloa, ke ile ka fumana ke emetsoe ke pitso e ’ngoe hape ea boraro, ’me ka boela ka qosoa. Lekhetlong lena ke ile ka ahloleloa likhoeli tse 15 teronkong. Ka lekhetlo la bone ke ile ka ahloleloa likhoeli tse 20; ’me lekhetlong la bohlano ka ahloleloa lilemo tse peli—kaofela ea e-ba lilemo tse fetang tse tšeletseng teronkong. Tsena tsohle li etsahetse pakeng tsa 1966 le 1980.

Ke ile ka isoa Goli Otok, e Leoatleng la Adriatic ka makhetlo a mabeli. Sehlekehleke seo sohle e ne e le teronko ea batšoaruoa ba lipolotiki. Ke ne ke talingoa joaloka motšoaruoa oa lipolotiki. Mosebetsi oa rōna e ne e le “ho kata leoatle.” Re ne re tlosa majoe ka lehlakoreng le leng la sehlekehleke re a isa ka ho le leng, re a tšetse ka lebokoseng le entsoeng ka mapolanka, ’me re a lahlela ka leoatleng. Lebokose ka leng le ne le tšela majoe a boima bo fetang lik’hilograma tse 100. Ha re qetile re ne re lata majoe a mang, re qeta letsatsi lohle re ntse re nyolosa re theosa re sa bone hore na re ntse re etsa’ng.

Ha ke isoa Goli Otok ka lekhetlo la bobeli, batšoaruoa bohle ba bacha ba ne ba qeta khoeli motho a koaletsoe a le mong. Ho ne ho se monate hore motho a koalloe a le mong nako ena kaofela. Ka nako eo ke ile ka rapela ka matla ho feta le ha e le neng pele. Ke ne ke se na Bibele ebile ke se na lingoliloeng tsa Bibele. Ho koalloa ke le mong ho ne ho nthatafalla haholo. Ntho feela e ileng ea nkhothatsa ke lengolo le tsoang ho batsoali ba ka. Nakong eo, ke ile ka lemoha matla a mantsoe a moapostola Pauluse, ha a ne a re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakor. 12:10) Ke ile ka thaba ’me ka matlafala haholo ha ke lokolloa ’me ke fumana mosebetsi.

Ka le leng ha ke le teronkong e ’ngoe ke ile ka tlameha ho ea ho setsebi sa kelello, se ileng sa nkhahlapetsa sa ba sa nthohaka. Se ile sa ntjolietsa, sa mpolella hore ha kea fella. Ke ne ke sa lumelloa ho ipuella. Ka le hlahlamang, setsebi seo se ile sa mpitsa ’me sa mpuisa hantle, sa re: “Ke ne ke ntse ke nahana ka uena ’me ke lumela hore ha ua lokela ho ba teronkong mona. Ke tla u fumanela mosebetsi.” Ho makatsang ke hore se ile sa fela sa etsa joalo. Ha ke tsebe hore na ke’ng se ileng sa etsa hore se fetole maikutlo, empa ketsahalo eo e ile ea mpontša hore ha rea lokela ho tšoha kapa re nahane hore ha re na tsela ea ho tsoa mathateng. Maemo a ka ’na a fetoha ka ho feletseng ka le hlahlamang. Ke leboha Jehova ka lintho tsohle tse nketsahaletseng ’me tsa nkatametsa haufi le eena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 179]

‘Na Batho ba Lumelloa Hore ba Bue ka Bolo ea Maoto?’

HENRIK KOVAČIĆ

O HLAHILE KA 1944

O KOLOBELITSOE KA 1962

PALE EA BOPHELO BA HAE Ka 1973, o ne a sebeletsa e le molebeli oa potoloho ka mafelo a beke, ’me ho tloha ka 1974 ho fihlela ka 1976, a abeloa hore e be molebeli ea tsamaeang oa nako e tletseng. Hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala la Croatia.

HA RE ne re ea tšebeletsong ea tšimo, re ne re sa tsebe hore na re tla khutlela hae kapa che. Mapolesa a ne a atisa ho re tšoara le ho re hloma lipotso. Ho ne ho e-na le likhopolo tse ngata tse fosahetseng ka mosebetsi oa rōna.

Ka nako e ’ngoe ha re le seteisheneng sa mapolesa, ke ile ka bolelloa hore re lumeletsoe ho bua ka Molimo feela ha re le libakeng tse khethetsoeng morero oo, eseng literateng kapa ka ntlo le ntlo. Joaloka Nehemia, ke ile ka rapela hona hoo ’me ka kōpa Jehova hore a nthuse ke bue mantsoe a nepahetseng. Eaba ke botsa lefokisi, ke re: “Na batho ba lumelloa hore ba bue ka bolo ea maoto ha ba le mabaleng a lipapali feela kapa le ha ba le libakeng tse ling?” Le ile la nkaraba ka hore ba ka bua ka eona ha ba le kae kapa kae. Ke ile ka re: “Kahoo ho hlakile hore motho a ka bua ka Molimo a le kae kapa kae, eseng feela ha a le kerekeng kapa moo ho rapelloang teng.” Le hoja re ile ra qeta lihora tse hlano re ntse re hlongoa lipotso, ’na le oa mphato re ile ra lokolloa.

Ha re nahana ka lilemo tse 40 tseo re li qetileng re le tšebeletsong, ’na le mosali oa ka, Ana, re ka bolela hore ha re ikoahlaele seo re ileng ra khetha ho se etsa. Re bile le tokelo ea ho thusa batho ba ka bang 70 ho ithuta ’nete. Kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a re fang eona e ka entša bophelo ba rōna.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 195, 196]

Re Ile ra Tšepisa Hore re Tla Khutla

HALIM CURI

O HLAHILE KA 1968

O KOLOBELITSOE KA 1988

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a thusa ho hlophisa le ho aba liphallelo Sarajevo. Hona joale o sebeletsa e le moholo, e le setho sa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ebile e le ’muelli oa molao oa Lipaki Tsa Jehova, Bosnia le Herzegovina.

KA 1992, motse oa Sarajevo o ne o thibeletsoe. Ha re ne re sitoa ho romelloa lingoliloeng tse ncha, re ne re ithuta limakasine tsa khale. Barab’abo rōna ba ne ba sebelisa mochine oa khale hore ba thaepe lihlooho tse baloang tse neng li fumaneha. Le hoja re ne re le bahoeletsi ba 52 feela, libokeng tsa rōna ho ne ho e-ba le batho ba fetang 200 ’me re ne re khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 240.

Moralinyana oa rōna Arijana, o ile a hlaha ka November 1993, nakong eo ho neng ho kupa e mahlo-mafubelu. Eo e ne e le nako e boima ea hore batho ba be le ngoana. Ka nako e ’ngoe re ne re qeta libeke re se na metsi kapa motlakase ka tlung. Re ne re besa thepa ea rōna ea ka tlung ’me re tsamaea libakeng tse kotsi ha re ea libokeng. Litlokotsebe li ne li thunya batho li sa khethe, kahoo re ne re tlameha ho matha ha re feta literateng tse itseng le moo ho entsoeng lithibella.

Ka letsatsi le leng le khutsitseng, ’na le mosali oa ka, moralinyana oa rōna, le Mor’abo rōna Dražen Radišić, re ne re ea hae re tsoa libokeng ha sethunya se khabola ka tšohanyetso. Re ile ra paqama seterateng, empa kulo e ile ea nkotla mpeng. Ke ne ke opeloa haholo. Batho ba bangata ba ile ba bona se etsahetseng ba le ka matlung ’me bahlankana ba bang ba sebete ba tla ba matha ’me ba re isa moo ho sireletsehileng. Ke ile ka potlakisetsoa sepetlele, moo ba ileng ba batla ho ntšela mali hang-hang. Ke ile ka hlalosetsa ngaka hore letsoalo la ka ha le ntumelle hore ke tšeloe mali. Ba ile ba nkhatella hore ke inahane hape; empa ke ne ke sa cheche tabeng eo ’me ke itokiselitse ho amohela ntho leha e le efe e ka etsahalang. Leha ho le joalo, ba ile ba mpuoa ka lihora tse peli le halofo, ’me ke ile ka hlaphoheloa, le hoja ke ne ke sa tšeloa mali.

Ka mor’a hore ke buuoe, ke ne ke hloka nako ea ho phomola, empa ho ne ho sa khonehe ka lebaka la ntoa. Re ile ra etsa qeto ea ho etela lapeng, Austria. Leha ho le joalo, tsela feela ea ho tsoa Sarajevo e ne e le ea hore re tsamaee ka kotopo e mathang ka tlas’a boema-fofane. Kotopo eo e ne e le bolelele ba limithara tse 900 ’me e le bophahamo ba lisenthimithara tse 120. Mosali oa ka o ile a nka ngoana, ’me ’na ka leka ho nka thōtō. Empa kaha ke ne ke qeta ho buuoa, o ile a tlameha ho nthusa.

Re sitoa ho hlalosa kamoo re neng re thabile kateng ha re le Austria. Ha re tloha Sarajevo, re ne re tšepisitse barab’abo rōna le ’Mōpi oa rōna hore re tla khutla. Ho ne ho le thata ho arohana le ba lapeng Austria, haholo-holo ’Mè. Leha ho le joalo, re ile ra ba hlalosetsa hore re ne re tšepisitse Molimo hore re tla khutlela Sarajevo haeba a ka re thusa hore re tsoe moo ’me re phomole ho se hokae. Joale ke joang re neng re ka re ho Molimo: “Rea u leboha ha e le mona u re thusitse ho tla mona. Ka sebele, re thabela ho ba mona, joale re se re batla ho lula teng”? Ho feta moo, barab’abo rōna ba Sarajevo ba ne ba re hloka. Mosali oa ka, Amra, o ile a ntšehetsa haholo ho sena sohle.

Kahoo ka December 1994, re ile ra fihla kotopong eo re neng re tsoile ka eona Sarajevo. Lekhetlong lena re ne re khutlela Sarajevo. Ha batho ba re bona re khutla ka kotopo eo, ba ile ba re botsa, ba re: “Le etsa’ng? Batho bohle ba batla ho tsoa, empa lōna le khutlela motseng o thibeletsoeng?” Ha ke na mantsoe a ho hlalosa thabo e bileng teng ha re boela re kopana le barab’abo rōna Holong ea ’Muso, Sarajevo. Ha ho mohla re kileng ra ikoahlaela hore ebe re khutlile.

[Lebokose le leqepheng la 210]

Lihlekehleke Tsa Croatia

Haufi le lebōpo la Croatia le bolelele ba lik’hilomithara tse 1 778, ho na le lihlekehleke tse fetang 1 000, tseo tse ka bang 50 tsa tsona li nang le baahi. Lihlekehleke tsena lia fetana ka boholo, tse ling li ka tlaase ho sekoere-k’hilomithara, ha tse ling li le boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 400.

Mosebetsi o ka sehloohong oo baahi ba lihlekehlekeng tseo ba o etsang ke oa ho tšoasa litlhapi, ho lema lifate tsa mohloaare, ho hlokomela masimo a morara le ho lema lirapa. Kornati National Park, e nang le sehlopha sa lihlekehleke tse 140 le mepopotlo e ka leoatleng, ke sebaka se setle ho batho ba ratang ho qoela. Baahi ba sehlekehlekeng sa Krapanj le sa Zlarin ba qoela metsing a moo ha ba batla likorale le liponche. Sehlekehlekeng sa Hvar ho na le palesa ea lavender, mahe a linotši le oli ea rosemary. Baahi ba sehlekehlekeng sa Pag se letsoatlara ba etsa chisi ea boleng ka lebese la linku tse fulang litlama le joang bo letsoai ba sehlekehlekeng seo.

Lipaki Tsa Jehova li etsa boiteko bo khethehileng ba ho finyella baahi bohle ba lihlekehlekeng tseo. E le hore li finyelle baahi ba moo, tse ling li tšela borokho feela, ha tse ling tsona li lokela hore li tsamaee ka seketsoana. Lipaki tse ling li rata ho hlophisa liphutuho tse khethehileng ’me li qeta matsatsi a seng makae lihlekehlekeng tseo li bolela litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho thata ho buisana le baahi ba lihlekehlekeng tseo, kaha ba na le tsela e ikhethang eo ba buang ka eona, eo batho bangata ba sa luleng moo ba thatafalloang ho e utloisisa.

Ho thabisang ke hore baahi ba lihlekehlekeng tseo ba amohela litaba tse molemo ’me sehlekehlekeng sa Korčula ho na le phutheho ea bahoeletsi ba 52. Kaha phutheho eo e thōko haholo, batho ba eang teng ho ea fana ka puo ea phatlalatsa baa thatafalloa. Empa boiteko ba bona bo thusa phutheho ena e thōko hore e lule e le bonngoeng le mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste lefatšeng lohle.—1 Pet. 5:9.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 224]

“KE ILE KA ITLALEHA TERONKONG MATSATSI A 11 PELE HO NAKO”

PAVLINA BOGOEVSKA

O HLAHILE KA 1938

O KOLOBELITSOE KA 1972

PALE EA BOPHELO BA HAE O qalile ho ba pula-maliboho ka 1975 ’me ka 1977 ea e-ba pula-maliboho oa pele ea khethehileng Macedonia. O thusitse batho ba 80 hore ba ithute ’nete.

KA MAKHETLO a mangata ha ke ntse ke bolela, batho ba ile ba ntlaleha mapoleseng, ’me a nkisa sepoleseng, moo a neng a qeta lihora a ntse a ntlhoma lipotso. Ke ile ka lefisoa ka makhetlo a mangata. Ha ke le ka khotla, ke ile ka qosoa ka bohata ha thoe ke sera sa Naha ’me ke phatlalatsa likhopolo tsa linaha tsa Bophirimela. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka ahloleloa matsatsi a 20 teronkong, ’me ka le leng ka ahloleloa a 30.

Matsatsi a 20 ao ke neng ke lokela ho ea teronkong ka ’ona a ne a thulana le nako ea ho ea kopanong ea setereke. Ke ile ka kōpa lekhotla hore le chechise kahlolo ea ka; empa la lahlela kōpo eo ea ka matjoing, kahoo ka etsa qeto ea ho itlaleha teronkong matsatsi a 11 pele ho nako eo ke neng ke e behetsoe. Balebeli ba teronko ba ile ba makala ha ba mpona. Ba ne ba sa lumele hore ho na le motho ea ka batlang ho ea teronkong kapele kamoo ho ka khonehang. Ke ile ka fumana monyetla oa ho ba pakela, ’me ba ntšepisa hore ba tla etsa sohle se matleng a bona ho ntlhokomela. Matsatsi a 11 hamorao ho ile ha fihla lepolesa le leng le tl’o bona hore na ke se ke itlalehile. Nahana hore na le ile la makala hakaakang ha balebeli ba teronko ba le bolella hore ke se ke bile moo matsatsi a 11! Ka tsela eo, ke ile ka khona ho ea kopanong.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 232]

“Ba ne ba Etsa Sohle se Matleng a Bona”

ŠANDOR PALFI

O HLAHILE KA 1933

O KOLOBELITSOE KA 1964

PALE EA BOPHELO BA HAE Batsoali ba hae ba ile ba ithuta ’nete ha ba le kampong ea Lingangele, nakoana ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. E ne e le molebeli ea tsamaeang ka mafelo a beke ’me hona joale ke setho sa Komiti ea Naha ea Serbia.

KAHA lapeng re Mahungary, ka nakoana re ile ra isoa kampong ea Lingangele. Leha ho le joalo, sena e bile tlhohonolofatso kaha ke hona moo batsoali ba ka ba ileng ba ithuta ’nete teng. Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke sa thahaselle ’nete hakaalo. Empa Mor’abo rōna Franz Brand, ea ileng a lula heso ka lilemo tse seng kae, o ile a ntšusumetsa haholo. Ke ne ke nahana hore ke mpa ke mo thusa feela ha ke lumela ho fetolela sengoliloeng sa Sehungary ka Seserbia. Hamorao ke ile ka hlokomela hore ho ne ho sa hlokahale hore se fetoleloe; o ne a mpa a batla ho etsa bonnete ba hore ke bala sengoliloeng seo. Leqheka leo la hae le ile la sebetsa, ’me hamorao, ka 1964, ke ile ka kolobetsoa.

Ntho e ’ngoe eo ke neng ke e thabela haholo e ne e le ho ba molebeli ea tsamaeang. Ka linako tse ling, ho ne ho nyolosetsa kaha barab’abo rōna ba ne ba le kojoana li mahetleng. Ka makhetlo a mangata, ke ne ke robala ka kamoreng e le ’ngoe le lelapa lohle. Boitelo boo bohle e ne e se ba lefeela. Ke ne ke hlolloa ke kamoo barab’abo rōna ba neng ba thaba ba bile ba letela ketelo ka tabatabelo e khōlō kateng. Ba ne ba etsa sohle se matleng a bona ho fana ka se molemohali seo ba nang le sona. Ke ne ke ananela seo ba nketsetsang sona haholo!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 236, 237]

“Nka ba Fumana Kae Batho Bao?”

AGRON BASHOTA

O HLAHILE KA 1973

O KOLOBELITSOE KA 2002

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le lesole Lebothong la Tokoloho la Kosovo ’me hona joale ke pula-maliboho oa kamehla ebile ke mohlanka ea sebeletsang.

HA KE bona lintho tsohle tse nyarosang tse neng li etsahala ntoeng, ho akarelletsa polao ea bana ba banyenyane, ke ile ka etsa qeto ea hore e tlameha ebe Molimo ha a eo. Ke ne ke re ka pelong: ‘Haeba o teng, ke hobane’ng ha a sa etse letho ka mahlomola ’ohle a teng?’ Tumelo ea ka e ile ea senyeha le ho feta ha ke bona kamoo baeta-pele ba Mamosleme ba neng ba tšehetsa ntoa khahlanong le Maserbia kateng. Pele ntoa e qhoma, ke ne ke le Momosleme, empa ha e lala, ke ne ke se ke sa lumele hore Molimo o teng ke bile ke kene Lebothong la Tokoloho la Kosovo. Le hoja ke ne ke bile lebothong leo ka nakoana feela, ke ne ke hlomphuoa haholo ke bile ke fumana melemo e mengata. Sena se ile sa nketsa hore ke be mabifi ’me ke ikhohomose, kaha batho ba ne ba etsa ntho leha e le efe eo ke ba laelang eona.

Ka bomalimabe, le mosali oa ka ke ne ke mo tšoara joalo. Ke ne ke nahana hore nako ena kaofela o lokela ho etsa seo ke mo laelang sona. Mosali oa ka, Merita, o ne a kopane le Lipaki nakong ea ntoa ’me a e-na le lingoliloeng tsa tsona. Ka le leng pele a robala, o ile a re: “Tšoara mona, u ke u bale hle. Li bua ka Molimo.” Ke ile ka halefisoa ke hore ebe o ne a nahana hore ho na le seo a ka nthutang sona ka Molimo. E le hore Merita a qobe khohlano, o ile a ikela ka kamoreng ho ea robala.

Ha ke setse ke le mong, ke ile ka etsa qeto ea ho bala bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ha ke qeta ho e bala, ke ile ka bala ea The Time for True Submission to God. Kaha ke ne ke le Momosleme, ke ile ka makatsoa ke hore e ne e qotsa Koran. Ka mor’a moo, ke ile ka bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamorao bosiung bona boo, ke ile ka ea ka kamoreng ’me ka tsosa mosali oa ka. Ke ile ka mo botsa, ka re: “Ke bo-mang ba u fileng libuka tsee? Nka ba fumana kae batho bao?”

Ke ne ke anngoe ka ho teba ke seo ke se balileng, empa mosali oa ka o ne a le lekhonono ’me a tšohile seo nka ’nang ka se etsa. Leha ho le joalo, hona bosiung boo re ile ra founela Paki e ’ngoe ’me ra e botsa hore na liboka li tšoaroa neng hona hokae. Hoseng ka le hlahlamang, re ile ra ea sebokeng. Ke ile ka khahloa ke kamoo barab’abo rōna ba neng ba le mosa le kamoo ba ileng ba re amohela ka mofuthu kateng! Ke ne ke sa nahane hore ho na le batho ba joalo lefatšeng. Ke ile ka lemoha hore baa ikhetha. Ha seboka se ntse se tsoela pele, ke ile ka ba le potso eo ke neng ke labalabela hore e arabeloe, eaba ke phahamisa letsoho. Baholo ba ne ba batla ba tšohile hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke eng e kana eo ke batlang ho e bua le bona. E tlameha ebe ba ile ba lokoloha hakaakang ha ba hlokomela hore ke mpa ke batla ho tseba hore na ke lokela ho etsa’ng e le hore ke be Paki ea Jehova!

Ke ile ka qala ho ithuta Bibele hona letsatsing leo. Ho ne ho le thata ho etsa liphetoho tse ngata tseo ke neng ke batla ho li etsa bophelong. Ke ne ke batla ho tlohella ho tsuba, ’me ka elelloa hore ke lokela ho arohana le metsoalle ea ka ea pele. Kaha ke ne ke rapela ’me ke ea libokeng kamehla, ke ile ka bakela tsela eo ke neng ke phela ka eona pele ’me ka apara botho bo bocha. ’Nete e entse phapang e kaakang bophelong ba ka le ba lelapa la ka! Hona joale ’na le mosali oa ka re bo-pula-maliboho ba kamehla ’me ka 2006, ke ile ka khethoa hore ke be mohlanka ea sebeletsang. Joale ke khona ho thusa ba bang ho utloisisa lebaka leo ka lona batho ba utloang bohloko le kamoo haufinyane Jehova a tlang ho rarolla mathata ’ohle a rōna.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 249, 250]

“Ho ne ho Bonahala Eka Jehova o ba Foufalitse”

JANEZ NOVAK

O HLAHILE KA 1964

O KOLOBELITSOE KA 1983

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a koalloa teronkong lilemo tse tharo ka lebaka la tumelo ea hae ’me hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala la Slovenia.

KA December 1984, ba boholong bosoleng ba ile ba ntša litaelo khafetsa tsa hore ke itlhahise bosoleng. Eitse ha ba maneha lengolo le ntsebisang hore ke ee bosoleng lemating la ntlo ea ka ’me ba etsa litšoso tsa hore masole a tla ntata, ke ile ka etsa qeto ea ho itlaleha liahelong tsa sesole e le hore ke hlalose boemo ba ka. Ha kea ka ka atleha, ’me ba ile ba etsa qeto ea ho etsa sohle se matleng a bona hore ba nketse lesole. Ba ile ba mpeola, ba ntlhobolisa liaparo tsa ka ’me ba mpha junifomo ea masole. Ha ke e hana, ba ile ba nkapesa eona ka sheshe ’me ba ntšunya pene ka letsohong, ba leka ho nqobella hore ke saenele ho ea bosoleng. Ke ile ka hana.

Ke ile ka boela ka hana ho ikoetlisa hoseng le masole a mang ’me ke ne ke sa lumelise folakha. Ha masole a mane a nkisa lebaleng ’me a ntaela hore ke ikoetlise, ke ne ke hana ho phahamisa matsoho. A ile a leka ho mphahamisa matsoho ho fihlela a elelloa hore seo a se etsang ha se na kelello. A ile a ntšupa ka sethunya ’me a re a tla mpolaea. Ka linako tse ling a ne a leka ho ntheka ka hore a mphe kofi le likuku.

Tsela eo ke neng ke ikemiselitse ka eona e ile eaba ea etsa hore a mang a ipelaetse. A mang a ile a halefa ha ke hana ho tšoela setšoantšo sa molaoli e moholo oa sesole ea bitsoang Tito ka mathe, seo ba neng ba se behile ka pel’a sefahleho sa ka. Ka mor’a matsatsi a seng makae, a ile a leka ho mpha libetsa, ’me ke ile ka boela ka hana. Seo se ne se nkoa e le tlōlo ea molao sesoleng, kahoo ke ile ka koalloa khoeli liahelong tsa sesole. Eaba ke qeta libeke tse ’maloa ke le seleng ea teronko, Zagreb, Croatia, ke emetse kahlolo. Sele eo e ne e lula e khantšitsoe ka lebone le lefubelu bosiu kaofela ’me ke ne ke lumelloa ho ea ntloaneng mohla motho ea ikarabellang a tsohileng hantle.

Qetellong ke ile ka ahloleloa lilemo tse tharo teronkong ea Goli Otok sehlekehlekeng sa Adriatic, moo ho neng ho isoa batšoaruoa ba maloro a mabe. Ke ile ka isoa teronkong ena, eo batšoaruoa ba eona ba neng ba tsebahala ka pefo, ke tlanngoe matsoho ka liketane hobane ke ne ke hanne ho ea ntoeng. Ha ke le moo, ke ile ka kopana le Lipaki tse ling tse ’nè tse neng li tšoaretsoe ho se nke lehlakore.

Re ne re sa lumelloe ho tla le Bibele kapa lingoliloeng tse ling. Leha ho le joalo, ho ne ho se ntse ho e-na le Bibele moo. Beng ka ’na ba ne ba nthomella limakasine tsa Molula-Qhooa ka lebokose le nang le karolo e patehileng ka tlaase. Ha ho mohla balebeli ba kileng ba fumana lingoliloeng tsa rōna kapa ba tseba hore re tšoara liboka tsa Bokreste. Ka linako tse ling ha balebeli ba kena, ba ne ba fihla lingoliloeng li le pooaneng, empa ho ne ho bonahala eka Jehova o ba foufalitse hobane ba ne ba sa li bone.

Ka mor’a selemo, ke ile ka isoa Slovenia ho ea qetella nako eo ke ahloletsoeng teronkong. Ha ke ntse ke le teronkong, ke ile ka nyala Rahela. Qetellong ha ke lokolloa, ke ile ka qala ho bula maliboho le mosali oa ka, ’me re sebelelitse Bethele ea Slovenia ho tloha ka 1993.

[Chate/Krafo e leqepheng la 244, 245]

LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA​—Linaha Tsa Yugoslavia ea Mehleng

Ka bo-1920 Sehlopha se senyenyane se kopana Maribor, Slovenia, ho tšohla Bibele.

Ka bo-1930 Bo-pula-maliboho ba buang Sejeremane ba romeloa Yugoslavia.

Ka 1935 Ho thehoa ofisi ea lekala Belgrade, Serbia, hore e hlokomele mosebetsi.

1940

Ka 1941 Lebotho la Jeremane lea hlasela, ’me ho latela mahloriso a matla.

1950

Ka 1953 Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao; leha ho le joalo mosebetsi oa ntlo le ntlo oa thibeloa.

1960

Ka 1969 Ho tšoaroa kopano ea machaba lebaleng lena la lipapali le Nuremberg, Jeremane.

1970

1990

Ka 1991 Ho tšoaroa kopano ea pele ea machaba Zagreb, Croatia. Baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Gileade baa fihla. Ho buloa ofisi Slovenia, e hlokometsoeng ke lekala la Austria. Ntoa ea qhoma.

Ka 1993 Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao Macedonia.

Ka 1994 Ho thehoa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele, Slovenia.

2000

Ka 2003 Lipaki Tsa Jehova li amoheloa ka molao Croatia. Ho neheloa Bethele e ncha Macedonia.

Ka 2004 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e lokolloa ka Seslovenia.

Ka 2006 Ho neheloa lekala le lecha Slovenia. Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e lokolloa ka Secroatia, Seserbia le Semacedonia. Ho thehoa sehlopha se buang Sechaena Belgrade, Serbia.

Ka 2007 Ho fanoa ka puo e khethehileng ka lekhetlo la pele, ka Seromani, Macedonia. Sengoliloeng sa pele sa Seromani sea lokolloa.

2010

[Krafo]

(Sheba sengoliloeng)

Kakaretso ea Bahoeletsi

Kakaretso ea Bo-pula-maliboho

14,000

10,500

7,000

3,500

1940 1950 1960 1970 1990 2000 2010

[Limmapa tse leqepheng la 147]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CZECH REPUBLIC

AUSTRIA

VIENNA

SLOVAKIA

BRATISLAVA

HUNGARY

BUDAPEST

ROMANIA

BULGARIA

GREECE

ALBANIA

TIRANË

LEOATLE LA IONIA

ITALY

LEOATLE LA ADRIATIC

YUGOSLAVIA EA MEHLENG

SLOVENIA

LJUBLJANA

Maribor

Kamnik

CROATIA

ZAGREB

SLOVENIA

Osijek

Vukovar

Vinkovci

Privlaka

Jasenovac

Šibenik

Split

LEBŌPO LA DALMATIA

Goli Otok

Pag

Privlaka

Kornat

Zlarin

Krapanj

Hvar

Korčula

BOSNIA LE HERZEGOVINA

SARAJEVO

Bihać

Banja Luka

Tuzla

Travnik

Zenica

Vareš

Mostar

SERBIA

BELGRADE

VOJVODINA

Bor

MONTENEGRO

PODGORICA

Nikšić

Herceg Novi

Tara

Letša la Scutari

KOSOVO

Peć

Priština

MACEDONIA

SKOPJE

Tetovo

Kočani

Štip

Kičevo

Strumica

Resen

Tlhokomeliso: Machaba a Kopaneng a tlalehile hore “Kosovo e phatlalalitse hore e itokolla ho Serbia ka February [2008].” E le ho leka ho rarolla qaka e amang boemo ba Kosovo ba lipolotiki, Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se batla “boeletsi ba Lekhotla la Toka la Machaba.”

[Setšoantšo se Tletseng leqephe la 142]

[Setšoantšo se leqepheng la 145]

Franz Brand

[Litšoantšo tse leqepheng la 146]

Rudolf Kalle le o mong oa mechine ea hae ea ho thaepa

[Setšoantšo se leqepheng la 149]

Ba sebelisa lori e hiriloeng ho ea paka, Slovenia

[Setšoantšo se leqepheng la 154]

Bo-pula-maliboho ba pele ba ne ba tobana le liphephetso tse ngata

[Setšoantšo se leqepheng la 157]

Alfred le Frida Tuček le libaesekele tsa bona

[Setšoantšo se leqepheng la 158]

Rudolf Kalle, ka pel’a mohaho oa Bethele e Belgrade, Serbia

[Litšoantšo tse leqepheng la 168]

Franc Drozg le kopi ea lengolo la hae

[Setšoantšo se leqepheng la 180]

Ka ho le letona: Setala se ileng sa fetoloa Holo ea ’Muso, Ljubljana, Slovenia

[Setšoantšo se leqepheng la 180]

Ka tlaase: E ’ngoe ea Liholo Tsa ’Muso tsa pele Zagreb, Croatia

[Setšoantšo se leqepheng la 182]

Stojan Bogatinov

[Litšoantšo tse leqepheng la 184, 185]

Karolong e ka morao: Kopano ea Machaba ea 1969 ea “Khotso Lefatšeng,” e neng e tšoaretsoe Nuremberg, Jeremane; ka ho le letšehali: terene e tsoang Yugoslavia e eang kopanong; ka ho le letona: Nathan Knorr

[Setšoantšo se leqepheng la 188]

Ðuro Landić

[Litšoantšo tse leqepheng la 192]

Milton Henschel o fana ka puo ebile batho baa kolobetsoa Kopanong ea Machaba ea 1991 ea “Barati ba Tokoloho ea Bomolimo,” Zagreb, Croatia

[Setšoantšo se leqepheng la 197]

Ljiljana le barali ba hae

[Litšoantšo tse leqepheng la 199]

Liphallelo li ile tsa tlisoa ka teraka li tsoa Austria

[Setšoantšo se leqepheng la 200]

Lelapa la Ðorem, ka 1991

[Setšoantšo se leqepheng la 204]

O kolobetsoa ka moqomong oa litlhapi, Zenica, ka 1994

[Litšoantšo tse leqepheng la 209]

Liphallelo li ne li bolokoa Zagreb, Croatia

[Setšoantšo se leqepheng la 215]

Elke le Heinz Polach

[Litšoantšo tse leqepheng la 216]

Komiti ea Lekala ea Croatia le ofisi ea lekala

[Setšoantšo se leqepheng la 228]

Ho theoloa liphallelo Bosnia

[Litšoantšo tse leqepheng la 233]

Komiti ea Naha ea Serbia le mohaho oa Bethele, Belgrade

[Setšoantšo se leqepheng la 235]

Saliu Abazi

[Litšoantšo tse leqepheng la 243]

Ba bolela litaba tse molemo Podgorica; Holo ea ’Muso, Podgorica

[Setšoantšo se leqepheng la 247]

Motse oa khale oa Piran, Slovenia

[Setšoantšo se leqepheng la 251]

Ofisi eo e neng e le ea lekala, Ljubljana, Slovenia, ka 2002

[Litšoantšo tse leqepheng la 253]

Ofisi ea lekala, Kamnik, Slovenia, ka 2006

[Setšoantšo se leqepheng la 254]

Komiti ea Lekala ea Slovenia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela