Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle—Lipalo-kakaretso Tsa 2009
JEHOVA o fa batho bohle mpho e babatsehang—e leng litaba tse molemo tsa ’Muso. Kaha re amohetse mpho eo re bile re rata Jehova, re na le tlotla ea ho li fetisetsa ho batho ba bang. Rea thaba hore ha re etsa joalo, seo se nyakallisa Ea re Fileng mpho eo le ba e amohelang. Ka sebele, ho bolella batho litaba tse molemo ho bontša hore re rata Molimo le moahelani. (Mat. 22:37-40) Ha u bala litaba tse maqepheng a latelang u tla bona kamoo batho ba Jehova ba bontšang lerato leo ka ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle ka cheseho.
Lipalo-kakaretso Tsa 2009
Makala a Lipaki Tsa Jehova: 118
Palo ea Linaha Tse Tlalehang: 236
Kakaretso ea Liphutheho: 105 298
Ba Bileng Teng Sehopotsong Lefatšeng ka Bophara: 18 168 323
Ba Jeleng Sehopotsong Lefatšeng ka Bophara: 10 857
Tlhōrō ea Bahoeletsi ba Tšebeletsong ea ’Muso: 7 313 173
Karolelano ea Bahoeletsi ba Bolelang Khoeli le Khoeli: 7 046 419
Keketseho ea Liphesente ha e Bapisoa le ea 2008: 3,2
Kakaretso ea ba Kolobelitsoeng: 276 233
Karolelano ea Bahoeletsi ba Nkang Bopula-maliboho bo Thusang Khoeli le Khoeli: 304 551
Karolelano ea Bahoeletsi ba Bulang Maliboho Khoeli le Khoeli: 794 317
Kakaretso ea Lihora Tse Sebelitsoeng Tšimong: 1 557 788 344
Karolelano ea Khoeli le Khoeli ea Lithuto Tsa Bibele Tsa Mahae: 7 619 270
Selemong sa tšebeletso sa 2009, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa sebelisa liranta tse fetang bilione hore li hlokomele bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa le balebeli ba tsamaeang likabelong tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo.
◼ Lefatšeng ka bophara, ka kakaretso ho na le basebeletsi ba khethiloeng ba 19 829 ba sebeletsang makaleng. Kaofela ke litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Tšebeletsong e Khethehileng ea Nako e Tletseng Lefatšeng ka Bophara ba Lipaki Tsa Jehova.
[Chate leqepheng la 32-39]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2009 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG KA BOPHARA
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Limmapa leqepheng la 40-42]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)