Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb10 maq. 43-64
  • Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2010
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2010
yb10 maq. 43-64

Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle

AFRIKA

PALO EA LINAHA 57

PALO EA BAAHI 878 000 158

PALO EA BAHOELETSI 1 171 674

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 2 382 709

Benin

Claude le mosali oa hae, Marie-Claire, e bile baromuoa ba mafolofolo ka lilemo tse 27. Ka February, Marie-Claire o ile a thella eaba o robeha leoto. Libeke tse peli hamorao, Claude o ile a oa ha a ntse a sebetsa lehaeng la baromuoa eaba o robeha leoto. Ka bobeli ba ile ba kenya samente, Marie-Claire a e kenya leotong le letona ’me Claude a e kenya leotong le letšehali. Claude o ile a soasoa a re, “Re rata ho etsa lintho hammoho!”

Claude o ne a ntse a khona ho tsamaea, empa Marie-Claire o ile a qeta libeke a sa khone ho tloha lehaeng la baromuoa. Marie-Claire o ne a e-na le lithuto tsa Bibele tse 12 ’me o ile a lokisetsa hore tse ’nè li tle lehaeng la baromuoa ’me a li khannele teng. Leha ho le joalo, o ne a labalabela ho etsa likarolo tse ling tsa tšebeletso. Kahoo o ile a etsa qeto ea ho lula ka ntle ho lehae la baromuoa pel’a tafole eo a behileng lingoliloeng ho eona ’me a bua le batho ba fetang ka tsela. Ka March o ile a qeta lihora tse 83 a bua le batho a lutse tafoleng eo. Na Jehova o ile a mo hlohonolofatsa? Khoeling eo o ile a tsamaisa libuka tse 14, libukana tse 452, limakasine tse 290 le lipampitšana tse fetang 500.

Ethiopia

Arega, ea lulang motseng oa mahaeng, o ile a etsa qeto ea ho khabisa ntlo ea hae ka ho maneha lipampiri leboteng. Le hoja batho ba bang ba naheng ea habo ba khabisa matlo ka likoranta, eena o ne a batla ho khabisa ntlo ea hae ka pampiri e mebala-bala. Ha Arega a le ’marakeng o ile a bona monna ea tsamaisang bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! eaba o nka bukana e ’ngoe, ’me ha a fihla hae ha aa ka a e bala, empa o ile a e ntša maqephe eaba o a maneha maboteng. Lilemo tse peli hamorao, eitse ha a sheba le leng la maqephe a leboteng a hlokomela polelo e reng: “Jesu e ne e le Mora oa Molimo.” Taba ena e ne e fapane le thuto e thata ea Boraro-bo-bong eo a e rutiloeng. Kaha Arega o ne a thahasella ho tseba se eketsehileng, o ile a nka leeto la lihora tse robong, a leba toropong e haufi a il’o batla batho ba reng Molimo o na le Mora. Lekhetlong la pele ha aa ka a ba fumana, ’me o ile a khutlela hae a nyahame. Hamorao o ile a leka hape, ’me lekhetlong lena batho ba mo supisa ntlo ea mor’abo rōna ea neng a mo file bukana. Ho ile ha bonahala hore na ruri Arega o ikemiselitse hakae ha a fihla ha mor’abo rōna ’me a qeta nako e telele a mo letetse. Ha mor’abo rōna a fihla, ba ile ba qoqa ho fihlela a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Likhoeling tse latelang, Arega o ile a ea toropong hangata e le hore a ithute ka Molimo. Ha a bolella batho ba motse oa habo seo a ithutileng sona, ba bangata ba ile ba mo hanyetsa ba ba ba mo khesa. Empa ha aa ka a nyahama, ebile ba bang ba ile ba thahasella seo a ba bolellang sona. Ha batho ba thahasellang ba se ba le 13, ho ile ha romeloa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba babeli sebakeng seo. Ka mor’a nako e seng kae ba ne ba khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 40 ’me batho ba ka bang 40 ba e-ba teng libokeng. Hona joale ho na le bahoeletsi ba robeli sebakeng seo. Litšoantšo tse maboteng a ntlo ea Mor’abo rōna Arega ea sa tsoa thahasella ’nete ha e sa le mokhabiso feela.

Ghana

Kaha batho ba sebelisang liselefouno Afrika ba ntse ba e-ba bangata haholo, ho thoe “phetoho e feletseng mokhoeng oa puisano” e ntse e tsoela pele. Lik’hamphani tse ngata li khothalletsa batho ho sebelisa lifono tsa tsona ka hore li ba fe monyetla oa ho letsa mahala lihoreng tse itseng tsa bosiu. Morali’abo rōna Grace o ile a sebelisa monyetla ona. Ho ne ho se bonolo hore a ithute le Monica, hobane Monica o ne a lula a phathahane. Grace o ile a leka ka hohle hore a tsoele pele ho ithuta le eena, a ba a lokisetsa hore a mo etele ka hora ea bohlano hoseng. Empa Monica o ile a ba le mabaka a mo sitisang ho ithuta ka nako eo. Eaba Grace o nahana ho sebelisa monyetla oa ho letsa mahala bosiu. Monica o ile a lumela, ’me ba lokisetsa ho ithuta ka fono ka hora ea bone hoseng. Ba ile ba nyahama ha ba hlokomela hore batho ba bangata ba letsetsana ka nako eo hoo fono e neng e sa kene. Kahoo, ba ile ba lokisetsa hore ba tsohe hoseng e le hore ba ithute ka hora ea boraro, le hoja ho ne ho se bonolo kaha ka bobeli ke bo-’mè ba sebetsang. Grace o re: “Ke ile ka rapela Jehova ka mo kōpa hore a mphe matla le cheseho ea hore ke ’ne ke thuse seithuti sa ka hore se lule se thabela ho ithuta. Ke ile ka seta alamo fonong ea ka ’me ka ikemisetsa ho tsoha ka nako eo. Le hoja ke ne ke khathetse habohloko, ha kea ka ka mamella likobo.” O ile a thaba haholo hore ebe o ile a etsa boiteko bona, kaha o ne a le teng Kopanong ea Setereke ea 2008 ea “Re Tataisoa ke Moea oa Molimo” ’me a bona ha Monica a kolobetsoa! Morao tjena, Grace o ile a ithuta le mosali e mong a sebelisa mokhoa oa ho letsa mahala bosiu, ’me mosali eo o se a qalile ho ea libokeng.

Mozambique

Ka August 2008, ho na le baki e ileng ea oela pel’a ntlo ea mobu ea morali’abo rōna oa mohlolohali ea futsanehileng, e tsoa koloing e fetang ka tsela. Morali’abo rōna o ile a nka baki ena ’me ka lipokothong tsa eona a fumana litokomane, lishobana tse tharo tse tšetseng mabenyane a theko e phahameng le chelete e ka etsang liranta tse 8 000. O ile a tsitlella hore motho e mong motseng a letsetse nomoro e hlahang litokomaneng tseo e le hore a bolele hore o thotse baki eo. Mantsiboeeng ao, banna ba bane ba ile ba fihla ka koloi motseng oo. Har’a bona ho ne ho e-na le mong’a baki eo, ’me morali’abo rōna o ile a mo fa eona ka pel’a ba boholong motseng, lintho tsohle tse ka har’a eona li ntse li feletse. Monna eo o ile a qala ho lla ’me a re ha ho motho ea neng a ka mo tholisa thepa ea hae ntle le ha e le Paki ea Jehova. Morali enoa oabo rōna ea tšepahalang le hoja a futsanehile o ile a fana ka bopaki motseng, bo ileng ba isa thoriso lebitsong la Molimo oa hae, Jehova.

LINAHA TSA AMERIKA

PALO EA LINAHA 55

PALO EA BAAHI 910 761 124

PALO EA BAHOELETSI 3 575 123

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 3 778 321

Barbados

Batsoali ba bangata ba bona ho le molemo ho ruta bana ba bona ho tšoara litemana tsa Bibele ka hlooho. Batsoali ba bang ba lulang Grenada ba ile ba thaba ha ba utloa hore mora oa bona ea lilemo li tšeletseng o ile a sebelisa temana ea Bibele ha a buella ’nete ea hore Jehova o phahametse motho e mong le e mong. Ntate oa moshanyana eo o re: “Thapameng e ’ngoe ha mofumahali oa ka Laura a ne a il’o lata mora oa rōna ea bitsoang Stefan sekolong, mosuoe oa hae o ile a bitsetsa Laura ka thōko eaba o re ho eena: ‘Ke lakatsa ho u bolella hore ke motlotlo ka mora oa hao. Le hoja ke sa lumellane le bolumeli ba lōna, ruri ke hloletsoe ke tsela eo mora oa hao a thatolohang ka eona ha a hlalosa lintho tseo a li lumelang.’

“Ha ba fihla lapeng mofumahali oa ka o ile a botsa Stefan hore na ho etsahetse’ng sekolong e entseng hore mosuoe oa hae a mo rorise hakaalo. Ke moo Stefan a ileng a mo bolella hore nakong ea tlelase ea hoseng, mosuoe o ile a re ‘Jesu ke Molimo.’

“Eaba Stefan o phahamisa letsoho ’me ha mosuoe a mo supa, a re ho eena: ‘Che ’Mè ’Misi. Jesu hase Molimo. Bibele e re Jesu ke Mora oa Jehova kahoo hase Jehova.’

“Mosuoe a re: ‘Kea utloa, empa ’na ke lumela hore Jesu le Jehova ke motho a le mong.’

“Eaba Stefan o re: ‘Empa Bibele e re Jehova ke eena a le mong Ea Phahameng ka ho Fetisisa, eseng Jesu. Ke Jehova feela Ea Phahameng ka ho Fetisisa.’ O ne a qotsa Pesaleme ea 83:18, e leng lengolo leo pele re neng re ile ra mo thusa hore a le tšoare ka hlooho ’me a le utloisise. Le hoja mosuoe oa hae e le motho ea sefahleho se thata, ha aa ka a o besa oa tuka ha a buisana le ngoana ea lilemo li tšeletseng ea tsebang Mangolo hantle.”

Ecuador

Barab’abo rōna ba ’maloa ba ile ba palama bese ha ba khutlela hae ka mor’a ho bolela litaba tse molemo tšimong ea mahaeng ea batho ba buang Sequichua. Kaha bese eo e ne e e-na le mochine oa video, ba ile ba lumelloa hore ba bapale video ea Sequichua, ea Noe le Davida ’me ea shebelloa ke baeti ba bangata ba buang Sequichua. Ka sebele ba ile ba hlolloa ha ba shebeletse video ena ea puo ea habo bona! Ba ne ba mametse ka hloko hoo e neng e re ha bese e emela moeti e mong, ba neng ba mo kōpa hore a lule kapele e le hore a se ke a ba sira. Ha video eo e fela, ba bangata ba ile ba kōpa hore ba e tlisetsoe. Baeti ba bang ba ile ba botsa lipotso tsa Bibele ’me ba kōpa libuka; ba bang ba fana ka mabitso a bona le liaterese e le hore ho ka ba le motho ea ba etelang motseng oa habo bona, ’me kaofela ha bona ba ile ba nka limemo tsa Sehopotso se tla tšoaroa ka Sequichua. Ha ho potang hore lena ke le leng la mabaka a entseng hore ho be le batho ba bangata Sehopotsong sebakeng seo.

Mexico

Ha mor’abo rōna oa pula-maliboho ea bitsoang Gabino a ntse a bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo, o ile a fihla lapeng le leng moo a ileng a kokota monyako empa ha se ke ha e-ba le karabo. A kokota lekhetlo la bobeli le la boraro. Ka mor’a ho ema ka nakoana, o ile a kokota lekhetlo la bone. Ke moo monyako o ileng oa buleha, eaba ho hlaha monna ea sulafaletsoeng ea ntseng a lla. Hang-hang o ile a re Gabino a kene ka tlung le hoja a ne a sa khone ho bua ka lebaka la ho tlallana. Gabino o ile a qala ho mo tšelisa ka litaba tse molemo, ’me monna eo a kokobela. Monna eo o ile a re ho Gabino: “Ua se bona setulo seo? Ke ne ke eme holim’a sona ha u kokota ka lekhetlo la boraro. Ua o bona mohala oo? Ke ne ke se ke o fasitse molaleng ha u kokota ka lekhetlo la bone. Empa ke ile ka o tlamolla e le hore ke tl’o u bulela. Kea leboha hore ebe u ile ua ba leqoophe, ho seng joalo nka be ke iphanyehile.” O ile a mo bolella hore o ne a sithabetse hobane a sa utloane le mosali oa hae. Gabino o ile a lokisetsa hore monna eo a khanneloe thuto ea Bibele. Pula-maliboho enoa o atisa ho kokota hanngoe feela kapa habeli. Empa lekhetlong lena ho bonahala hore lengeloi le ile la mo susumelletsa hore a be leqoophe, ’me ha e-ba le litholoana tse ntle.

Chile

Nakong ea phutuho ea ho memela batho ba thahasellang Sehopotsong sa lefu la Kreste, ngoana e mong o ile a atamela Paki eaba o re ho eona, “U lilemo li kae?” Morali’abo rōna o ile a makatsoa ke potso ena eaba o re, “Uena tsa hao li kae?” Ngoananyana enoa o ile a re o lilemo li tšeletseng a ba a re ’mè oa hae o mo file lengolo hore a le fe e mong oa Lipaki Tsa Jehova. ’Mè oa ngoananyana enoa o ne a mo laetse hore a batle Paki, empa Paki eo e se ke ea e-ba ngoana kapa motho ea hōlileng. Kahoo, morali’abo rōna o ile a bolella ngoananyana enoa hore o lilemo li 25. Eaba ngoananyana eo o mo neha lengolo. Le ne le re: “Ha le kokota lapeng, ke ee ke tšabe ho le bulela. Ke tetebetse maikutlo habohloko, ’me ke ’nile ka kōpa Molimo hore a nthuse. Hape, ke ’nile ka leka ho mamela molaetsa oa lōna ka ba ka bala Bibele, empa mathata a ka a ntse a eketseha. Nka rata hore motho e mong a nthute Bibele ’me a nthuse ha e le mona lenyalo la ka le qhalane. Haeba u ka nthusa, ke kōpa hore u tle ha ka thapameng ena, kaha hona joale ke sa ntse ke robetse. Kea leboha.”

Thapameng eo morali’abo rōna o ile a etela mosali enoa ’me a mo memela Sehopotsong le puong e khethehileng, moo a ileng a tšeliseha e le kannete. Ho tloha ka nako eo, o ile a rua molemo ka hore a be teng libokeng kamehla ’me o ntse a ithuta Bibele ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ho ile ha etsahala’ng ka morali oa hae ea lilemo li tšeletseng? Eena le ausi oa hae ea lilemo li 12, ba khanneloa thuto ea Bibele.

Puerto Rico

Morali e mong oabo rōna o re: “Ke ne ke ntse ke tsamaisa limakasine seterateng ha ke bona mosali e mong a pompa mabili a koloi ea hae. Ke ile ka atamela empa le pele ke bua, o ile a kōpa hore ke mo fe Molula-Qhooa le Tsoha! ’me a re o rata ho bala limakasine tsena. Ke ile ka leka ho mo khothalletsa ho ithuta Bibele, empa a re a ke ke a ithuta Bibele hobane o lula mokatong oa bobeli habo ebile ’mè oa hae ha a batle Lipaki le moo li hatileng. Ha ke mo botsa hore na o lula hokae, o ile a mpha lebitso la seterata feela. Ka lekhetlo le leng ke ile ka ea seterateng seo ’me ka leka ho fumana moo a lulang teng empa ka hlōleha. Eaba ka letsatsi le leng ke ea seterateng seo ’me ke botsa baahelani hore na ba tseba mosali ea nang le bana ba babeli ba banyenyane ea bitsoang Nancy. Ke ile ka thaba ha ke qetella ke fumane moo a lulang teng. Leha ho le joalo, ke ne ke sa mo fumane, kahoo, ka ’na ka mo siela limakasine le mangolo. Qetellong ke ile ka kopana le eena, ’me a lla, eaba o re o batla ho ea Holong ea ’Muso. O ile a tla ’me a thabela ho ba har’a bara le barali babo rōna ba lerato. O ile a mpolella hore ha aa ka a khona ho araba mangolo a ka hobane o fihla hae ’mè oa hae a se a tabotse mangolo ao le limakasine. Re ile ra qala ho ithuta Bibele ha ausi oa hae, ’me ka mor’a nakoana Nancy o ile a qala ho tla libokeng kamehla. Joale o se a tla mocha-o-chele. O se a ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ’me hoa thabisa ho utloa a araba libokeng le bana ba hae ba babeli ba banyenyane.”

ASIA LE BOCHABELA BO HARE

PALO EA LINAHA 47

PALO EA BAAHI 4 073 556 172

PALO EA BAHOELETSI 635 896

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 579 554

Korea Boroa

Monna e mong ea lulang haufi le Holo ea ’Muso o ile a fumana sephephechana koloing ea hae e neng e pakiloe ka pel’a ntlo. Se ne se re: “Ha ke paka koloi ea ka, ke ile ka khumula koloi ea hao e se ka boomo. Ke kōpa hore u ntetsetse ke tle ke tsebe ho e lokisa.” Kaha monna enoa o ne a ee a bone hore na Lipaki ke batho ba mofuta ofe ha li ntse li tla holong e haufi le ha hae, o ile a re ka pelong, ‘E tlameha ebe motho ea tšepahalang tjena ke Paki ea Jehova.’

Sephephechana seo se ne se siiloe ke Morali’abo rōna Su-yeon, ’me ha monna eo a mo letsetsa, o ile a ikōpela tšoarelo, a boela a mo bolella hore o tla lokisa koloi ea hae. U ka inahanela hore na morali’abo rōna o ile a makala hakaakang ha monna eo a re, “Butle hanyane, na u Paki ea Jehova?” Monna eo o ile a re morali’abo rōna a se ke a tšoenyeha, o tla e lokisa! Hape o ile a re o batla ho kopana le eena etsoe ho na le lintho tseo a batlang ho li tseba ka Lipaki Tsa Jehova. Su-yeon o ile a ea ho monna eo a tsamaea le ntate oa hae le mora e mong oabo rōna. Monna eo o ile a re: “Ke ithutile hore na Lipaki ke batho ba mofuta ofe hobane ke lula pel’a Holo ea ’Muso. Le batho ba se nang likhathatso. Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha le hloiloe hakana.” Ntate oa Su-yeon o ile a araba lipotso tse ngata tsa monna eo ka Bibele le ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ntate oa Su-yeon o khannela monna enoa thuto ea Bibele kamehla ’me o tla hantle.

Moo mosebetsi o sa etsoeng ka bolokolohi kapa o thibetsoeng Mofumahali oa mokoronele e mong ke Paki ea Jehova, ’me monna oa hae o ile a hlolloa ha a bona kamoo ’nete e mo fetotseng kateng. Kahoo, mokoronele eo o ile a lumela ho ithuta Bibele. Ha molaoli oa sesole a utloela ka sena o ile a mo bitsa. A mo bolella hore haeba a sa khaotse ho tsamaea le Lipaki Tsa Jehova, o tla isoa karolong e hōle-hōle ea naha. Mokoronele o ile a araba ka sebete ’me a re mosali oa hae o se a ithutile Bibele ka nako e telele ’me ha a e-s’o bone letho le phoso. Kahoo, a ke ke a khaotsa ho ithuta Bibele. Ka mor’a nako e itseng, mokoronele enoa o ile a etsa qeto ea ho itokolla sesoleng. Kajeno ke Paki e kolobelitsoeng, ebile ke pula-maliboho oa kamehla hape ke mohlanka ea sebeletsang. Ntho e monate ke hore mosali oa molaoli eane oa sesole le eena o ile a qala ho ithuta Bibele. Monna oa hae ha aa ka a khona ho mo thibela ho ithuta ’me hona joale ke pula-maliboho oa kamehla.

Naheng e ’ngoe morali’abo rōna o ile a ithuta Bibele le mosali e mocha eo ho hang monna oa hae a neng a sa batle ha a ithuta. Kaha ba ne ba ke ke ba ithutela Bibele ha mosali eo, ba ile ba lokisetsa ho ea ithutela serapeng se senyenyane. Ha ba ntse ba ithuta, monna-moholo ea neng a ntse a otlolla maoto serapeng seo, o ile a iphetisa pel’a bona a batla ho bona hore na ba etsa’ng a bile a mametse moqoqo oa bona. Ka letsatsi le leng o ile a ba atamela ’me a ba botsa lipotso tse itseng ka Bibele. Eare ha ba boetse ba ithuta, a be a se a fihla hape. Mosali ea neng a rutoa Bibele o ile a utloa bohloko eaba o re, “Ke na le hora feela hore ke ithute Bibele, empa joale u nqetela nako ka lipotso tsena tsa hao tse sa feleng.” Ka mor’a moo, morali’abo rōna o ile a lokisetsa hore mora e mong oabo rōna a ithute le monna eo ’me kapele-pele o ile a sebelisa seo a ithutang sona a ba a qala ho ea libokeng. Basali ba babeli ba hahileng pel’a hae ba ne ba mo bona kamehla ka Lisontaha a tloha lapeng, a apere hantle a bile a nkile mokotla. Ba ne ba thahasella ho tseba hore na o ea hokae ’me ba utloela hore o se a kena “kereke e ncha.” Kaha basali bana ba ne ba hlile ba batla ho inoesa ka nkho, ba ile ba mo sala morao ha a ea Holong ea ’Muso. Baralib’abo rōna ba ’maloa ba ile ba qoqa le bona ’me ba ba botsa hore na ba ka thabela ho ithuta Bibele. A le mong o ile a lumela. Batho bana ba bararo—mosali e mocha ea neng a ithutela serapeng, monna-moholo ea ileng a mo bona ha a ntse a ithuta, le e mong oa basali ba ileng ba sala monna-moholo eo morao—ba matlafalitse kamano ea bona le Molimo ’me ba sa tsoa kolobetsoa.

Cambodia

Morali’abo rōna oa pula-maliboho ea bitsoang Louy o atisa ho palama baesekele ha a il’o khanna lithuto tsa Bibele motseng oo matlo a teng a lehlaka a phahamisitsoeng ka lipalo. Matsatsi a mararo pele ho Sehopotso ha a le motseng oo a ntse a hlalosetsa batho bao a ba khannelang thuto ea Bibele hore na morero oa Sehopotso ke ofe, bana ba thahasellang ba ile ba tla ho eena ’me ba mo botsa lipotso. Bana bao ba ile ba ’na ba eketseha. Louy o ile a fana ka limemo tsa Sehopotso tse 57. Ka le hlahlamang a khutlela motseng oo ka baesekele ho ea khanna thuto e ’ngoe, ’me motho eo o ile a mo bolella hore o na le metsoalle le beng ka eena ba batlang ho ea Sehopotsong. Kahoo Louy o ile a siela seithuti seo limemo tse 20 hore se li abe. Empa o ile a qala ho tšoenyeha hore na a ka thusa batho bana kaofela joang hore ba be teng Sehopotsong. Ka mor’a ho rapela, o ile a bua le ramotse eo e neng e le ntate oa seithuti sa hae sa Bibele. Ramotse o ile a tiisetsa Louy hore haeba a ka ba fumanela tuk-tuk e le ’ngoe feela (e leng sekosekara se senyenyane se ka nkang batho ba bane se huloang ke sethuthuthu), kaofela ba ne ba tla fella hobane ba ne ba ka ema ka maoto kapa ba bang ba lula holim’a ba bang. Louy o ile a thaba haholo ha a bona batho ba 18 ba tsoang motseng oo Sehopotsong.

India

Mor’abo rōna ea khannang koloi ea baeti e mabili a mararo o ile a fumana monyetla oa ho bolella moeti litaba tse molemo, ’me moeti eo e ne e le moqolotsi oa litaba. Mosali enoa o ile a tsota sebete sa mor’abo rōna hobane Lipaki tse ling tsa moo li ne li ile tsa hlaseloa ke bahanyetsi ha li ntse li bolela litaba tse molemo. O ile a etsa qeto ea ho hatisa puisano ena koranteng ea sechaba: “Ke ne ke batla ho bona hore na monna eo o tla etsa’ng ha ke mo qholotsa, eaba ke re: ‘Na u ile ua mamela litaba tsa kajeno? Na ha u tsebe hore batho ba kereke ea lōna ba khakhathiloe, ’me likereke tsa lōna li hlasetsoe libakeng tse sa tšoaneng ka har’a naha?’ Eaba o re, ‘Bonneteng ke balile taba eo koranteng ea kajeno.’ Ke moo ke ileng ka re ho eena: ‘Joale le tla etsa’ng haeba [bahanyetsi] ba tsoela pele ho le tšoenya?’ O ile a sisinya hlooho eaba o re: ‘Ha re na taba le bona. Re tla ’ne re lumele [seo Bibele e se rutang].’”

Ka mor’a moo o ile a bua ka pampitšana eo mor’abo rōna a mo fileng eona, a re: “Ha ke fihla lapeng ke ile ka ntša pampitšana eo a mphileng eona. E ne e e-na le setšoantšo se setle sa sebaka seo ke e-s’o ka ke se bona lefatšeng, se makhulo a matala, se nang le letša, lifate tse thuntseng, batho ba kotulang lijo-thollo le litholoana, se bile se e-na le lithaba tseo litlhōrō tsa tsona li koahetsoeng ke lehloa. Pampitšana eo e ne e na le sehlooho se reng, ‘Bophelo lefatšeng le lecha la khotso.’ E ne e bua ka litaba tsa bolumeli feela. Hangata motho ha a hane pampitšana eo a e fuoang ho sa tsotellehe hore na e thaothela lebenkele la liaparo kapa e buella tsela e itseng ea bophelo. Empa hoa makatsa hore ha u qala u bua ka lefatše le lecha la khotso, batho baa u hloea.”

Philippines

Motseng oa Zamboanga ho na le thaba e telele hoo motho a ka bonang tlhōrō ea eona esita leha a le bohōle ba lik’hilomithara tse 200. Barab’abo rōna ba lulang haufi le thaba eo ba atisa ho soasoa ha ba le tšimong ba re, “Re tla etsa’ng haeba re ka fumana motho ea thahasellang ea lulang ka holim’a thaba ee?” Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba bolela litaba tse molemo tlas’a thaba eo, monna e mong o ile a tla ho bona a ba bolella hore o ntse a batla Lipaki Tsa Jehova. A re o batla hore li mo thuse ho ithuta Bibele. Barab’abo rōna ba ile ba mo botsa hore na o lula hokae. Eitse ha a supa ka holim’a thaba, ba felloa ke mantsoe. Monna eo o ile a re ntlo ea hae ha e ka holim’a thaba, empa e ka nģ’ane ho eona, ’me tsela feela eo motho a ka fihlang moo ka eona ke hore a fete sehlabeng. Ha barab’abo rōna ba se ba theotse maikutlo, ba ile ba lumela hore ba tla ea. Ba ile ba qala ho mo khannela thuto ea Bibele, ’me hona joale monna eo o ba teng libokeng Holong ea ’Muso beke le beke le hoja a lokela ho tsamaea sebaka se selelele ka maoto. Hona joale monna enoa ke e mong oa batho ba tsoang lichabeng tsohle ba phallelang ‘thabeng ea ntlo ea Jehova.’—Esa. 2:2.

EUROPE

PALO EA LINAHA 47

PALO EA BAAHI 736 988 468

PALO EA BAHOELETSI 1 563 910

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 819 067

Finland

Barab’abo rōna ba babeli ba ne ba kena ntlo le ntlo ba kōpa ho ithuta Bibele le batho ka pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? Ha ba fihla ntlong e ’ngoe, monna o ile a bula monyako, a ba kena hanong ba sa ntse ba itlhalosa ’me a re ba kene ka tlung. Eaba o re: “Ke na le lipotso tse ngata. Ke hobane’ng ha le tla ka nako ee?”

Barab’abo rōna ba re: “Phutheho ea habo rōna e sebetsa sebakeng sena kajeno.”

Eaba o re: “Esale ke ntse ke rapella hore Lipaki Tsa Jehova li nketele. Ke tloaetse ho matha ka nako ena, empa kajeno ha kea ea. ’Me ke mona le tlile!” Monna eo o ne a lumela hore lithapelo tsa hae li arabetsoe. Ha a le mosebetsing, batho ba ne ba tloaetse ho bua Lipaki Tsa Jehova hampe. Kaha o ne a batla ho tseba hore na seo ba se buang ke ’nete, o ile a ea laebraring ho ea batlisisa taba ena. O ile a fumana buka ea Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, a e bala ’me a hlokomela hore ba qosa Lipaki ka mashano. Kahoo, o ne a labalabela ho kopana le Lipaki Tsa Jehova. O ile a khanneloa thuto, ’me hang-hang a qala ho ea libokeng. O ile a pakela mosali eo e kileng ea e-ba mofumahali oa hae le morali oa bona, eaba le bona ba qala ho ithuta.

Brithani

Kirsty ke pula-maliboho oa kamehla, ’me o ile a ithuta Sefora le Selingala e le hore a ka pakela batho ba Congo ba lulang tšimong ea habo. Ka letsatsi le leng o ile a bona mosali oa Mocongo ea kakatetseng a leka ho palama bese. Kirsty o ile a bua le eena ka Selingala, a kōpa ho mo thusa ho kenya lintho tseo a neng a li tšoere ka beseng. Eaba mosali eo o re: “U tsebella Selingala kae u le Lekhooa?” Kirsty o ile a mo bolella hore o phuthehong ea Selingala ’me Lipaki tsa Macongo li mo rutile Selingala e le hore a tsebe ho buisana le batho ka Bibele. Kaha Kirsty o ne a batla ho mo khothalletsa hore a ithute Bibele, o ile a feta moo a lokelang ho theoha teng ’me a mo felehetsa. O ile a mo nkisa ’me ba leba mokatong oa boraro oa folete eo mosali eo a lulang ho eona. Monna oa hae le bana ba bona ba bane ba ile ba amohela Kirsty ka mofuthu ’me a bontša lelapa leo hore na le ka ithuta Bibele joang ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Hona joale mosali eo le bana ba babeli ba baholo ba ithuta Bibele. Ka boraro ba bona ba leka ka hohle ho thabisa Jehova.

Georgia

Barab’abo rōna ba babeli ba bacha ba bo-pula-maliboho ba ile ba etsa qeto ea ho fallela sebakeng se lithaba naheng ena moo ho se nang Lipaki tse ngata. Ba ile ba tloha motseng o mong ho ea ho o mong ba ntse ba bolela litaba tse molemo, ’me batho ba ne ba li thabela haholo. Ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse ngata ba ba ba qala lithuto tse ngata tsa Bibele. Ha bara bana babo rōna ba qala ho bolela litaba tse molemo lithabeng, ba ne ba se na lintho tse ngata tse hlokahalang bophelong ba bile ba sa tsebe hore na ba tla robala hokae. Empa ho ne ho se mohla ba hlokang. Metseng eo, batho ba ne ba ba fa marobalo le lijo. Ka linako tse ling, esita le batho ba neng ba sa batle ho mamela molaetsa oa bona, ba ne ba ba fa marobalo le lijo. Hamorao bara bana babo rōna e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng hona sebakeng sena. Kaha ba ne ba khanna lithuto tse ngata haholo tsa Bibele, ba ile ba itekanya mesikaro tabeng ea lenane la lithuto tseo ba tla li khanna. Ho ntse ho le joalo, batho ba tloaetse ho tla ho bona ha ba le seterateng, ba kōpa hore ba ba rute Bibele, ’me le hoja ba itekantse mesikaro, ka karolelano, e mong le e mong o khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 20 ka khoeli.

Hungary

Ho na le morali’abo rōna ea tlisetsoang lebese ka libotlolo tseo a li kenyang ka har’a mokotlana ebe o o fanyeha lerakong. Ka letsatsi le leng o ile a kenya pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? ka mokotlaneng oa libotlolo tsa lebese. Lekhetlong le latelang ha a lata lebese, o ile a makala ha a fumana hore mosali ea tlisang lebese o mo ngoletse lengolo. O ne a botsitse lipotso a bile a kōpa Bibele. Hang-hang morali’abo rōna o ile a etela mosali enoa lebeseng moo a neng a lula teng ’me a qala thuto ea Bibele ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Pele ho moo mosali enoa o ’nile a batla likarabo tsa lipotso tsa hae likerekeng tse sa tšoaneng, empa ha aa ka a khotsofala. Ha e le hantle, o ile a ipotsa lipotso tse ngata le ho feta. Ha e mong oa barali ba hae a bontša hore o hlile oa thahasella, morali’abo rōna o ile a mo fa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Mosali eo o ile a bolela hore morali oa hae o ne a atisa ho hlobaela bosiu a phofa. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a bale likhaolo li se kae tsa buka ena, ngoanana eo ha a sa tšaba ’me o robala hantle bosiu. Thuto ea Bibele e tsoela pele, ebile ’mé le barali ba hae ba babeli ba ba teng libokeng kamehla ka Sontaha.

Italy

Cristina le Manel ke baboleli ba nako e tletseng, ’me ba ne ba tsamaisa pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? motseng oa mahaeng oa Italy bohareng. Ha ba le polasing e ’ngoe ba ile ba utloa lerata ka mor’a ntlo. Hang feela ha mong’a ntlo a ba bona, o ile a hoeletsa a re: “Potlakang le tle mona! Tlo nthuseng hle!” Ha ba potlakela ho mo thusa, ba ile ba bona hore o leka ho thiba kolobe e khōlō e halefileng e batlang ho tsoa ka hokong. Keiti e ne e robehile ’me mosali enoa a tšaba hore kolobe e tla balehela morung o haufinyane. O ne a setse a le mong, ’me a leka ho koala keiti. A hoeletsa Cristina a re: “Tšoara keiti ena u e tiise ha ke ntse ke il’o batla ntho eo ke tla e tiisa ka eona!” Hang-hang Cristina o ile a bolella mosali enoa hore o tšaba likolobe. Mosali enoa a neha Manel mokopu le thipa ’me a re: “U se ke ua tšoenyeha. U ’ne u e lahlelle likotoana tsa mokopu e le hore e shebe tsona ha ke sa ntse ke il’o batla boutu e ncha.”

Mosali enoa o ile a qeta metsotso e ’maloa a tsamaile. Ho sa le joalo, Cristina o ne a phehella Manel hore a potlake, a lahlelle kolobe lijo, empa Manel o ne a sitoa ho seha lekhapetla le thata la mokopu. Qetellong mosali eo o ile a fihla ’me a lokisa keiti. Ho ile ha ba ha re nk’hu, eaba o re: “Le rometsoe ke Ea Matla ’Ohle!”

Ba re ho eena: “U nepile ’Mè!” ba rialo ba se ba mo fa pampitšana.

Hang-hang mosali enoa a re: “Litaba tsena ke tsa bohlokoa haholo, ha rea lokela ho li bua re eme ka maoto. Re tšoanela ho lula fatše re bue re iketlile.” Kahoo, o ile a lata litulo eaba ba lula ka ntle letsatsing, ’me mosali eo a botsa lipotso tse ngata a mametse ka hloko a bile a thabile. Hamorao, ba ile ba lokisetsa ho tla ithuta Bibele le eena. Cristina le Manel ba re sena sohle se etsahetse ka lebaka la kolobe e neng eka e laletse hore ba fihle e tsebe ho khaola.

OCEANIA

PALO EA LINAHA 30

PALO EA BAAHI 38 338 482

PALO EA BAHOELETSI 99 816

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 59 619

Australia

Mor’abo rōna Fred ea lulang toropong e khutsitseng e lebōpong la leoatle o ile a siela monna e mong li-DVD tsa rōna tse tharo. Hamorao Fred o ile a fumana lengolo le tsoang ho monna eo leo karolo e ’ngoe ea lona e neng e baleha tjena: “Ke ile ka thobeha maikutlo ha ke shebeletse li-DVD tsena ke bile ke li mametse ka hloko. Ke ile ka utloa ke na le khotso, ke thabile ’me ke ntse ke bobotheha joaloka batho bao ke neng ke ba shebeletse. Ke qetetse khale ho ikutloa ka tsela eo. Joale kea lumela hore ka letsatsi le leng ke tla phela hamonate. Nakong e fetileng ke ne ke atisa ho tšoara Lipaki Tsa Jehova hampe ha li fihla ha ka. Ke se ke ikōpela tšoarelo. Ka linako tsohle le tla ho ’na le thabile le batla ho mpolella litaba tse molemo. Ho tseba mang, ka letsatsi le leng etlare ha u hetla u le Holong ea ’Muso u mpone ke lutse ka mor’a hao.”

New Zealand

Baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba ea lefapheng la ’muso le sebetsanang le litaba tsa malapa ’me ba kōpa ho bona mookameli oa lona. Ha ba lokisetsa ho kopana le eena ba ile ba bokella lingoliloeng tse tšohlang litaba tseo a ka li thabelang haholo ha a ntse a thusa malapa. Lingoliloeng tseo li ne li akarelletsa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa le ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, hammoho le Tsoha! ea August 2007 eo lihlooho tsa eona tse qalang li neng li bua ka “Mehato e Supileng ea ho Hōlisa Bana Hantle” le ea October 2007 eo lihlooho tsa eona tse qalang li neng li re, “Sireletsa Bana ba Hao!”

Ha baralib’abo rōna ba fihla ba ile ba hlalosetsa mookameli eo hore mosebetsi oa rōna o etsoa ke baithaopi le hore re amehile haholo ka ho thusa malapa, haholo-holo hore a be le kamano e ntle le Molimo. Ba ile ba qeta nako ba mo bontša lihlooho tsa lingoliloeng tseo. Mookameli eo o ile a ba mamela, a nka lingoliloeng a ba a re o tla qoqela basebetsi ba bang bohle ba 35 litaba tseo ba buileng ka tsona. O ile a phaella ka ho re malapa ’ohle a 503 ao ba a thusang a ka rua molemo lihloohong tseo tsa Tsoha! Baralib’abo rōna ba ile ba mo fumanela limakasine tsa Tsoha! tse 557. Ka mor’a libeke tse peli baralib’abo rōna ba ile ba letsetsoa ba bolelloa hore malapa ao a nkile limakasine tseo kaofela.

Fiji

Mohlankana ea bitsoang Viliame e ne e le sebapali se hloahloa sa rugby ’me a labalabela ho bapalla naha ea habo. Moen’ae ea bitsoang Leone le eena o ne a batla ho ba sebapali se hlaheletseng sa rugby, empa ka mor’a ho lumela ho ithuta Bibele le pula-maliboho ea khethehileng, o ile a hlokomela hore a ke ke a sebeletsa benghali ba babeli. O ile a qala ho ea libokeng a ba a khaotsa ho bapala rugby. ’Mè oa bona ke Paki, ’me o ile a rekela Leone liaparo tsa liboka, empa eitse ha Leone a qabana le moholoane oa hae Viliame, moholoane oa hae a li tabola. Leone o ile a utloa bohloko haholo, empa ha aa ka a iphetetsa. Hamorao Leone o ile a ea rekisa lehapu ’marakeng ’me ha a fumana chelete a ithekela liaparo tsa liboka, Bibele, lipene le li-highlighter tseo a neng a tla li sebelisa libokeng. Ha aa ka a ithekela lintho tsena a le mong, empa o ile a rekela le Viliame. Ha Viliame a hopola bokhopo boo a bo entseng, o ile a angoa pelo ke mosa oa moen’ae. O ile a apara liaparo tsa hae tse ncha, a ea libokeng, ’me sena sa makatsa moen’ae. Hape o ile a lumela ho ithuta Bibele, ’me bara bana ba motho ba ile ba hatela pele. Ha ba itokisetsa ho kolobetsoa, Viliame o ile a fuoa monyetla o motle oa ho ea bapala rugby Europe, e leng se labalabeloang ke bahlankana ba bangata kaha se tlisa chelete e ngata le botumo. Leha ho le joalo, o ne a se a tsoile lipapaling ’me a entse qeto ea ho inehela ho Jehova. Ha Viliame le Leone ba qeta ho kolobetsoa, e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang ka likhoeli tse tšeletseng. Ha ntate oa bona ea bitsoang Waisea, a bona mohlala o motle oa bana ba hae, le eena o ile a lumela ho ithuta Bibele. Waisea o ile a fetoha haholo ’me a kolobetsoa le barali ba hae ba babeli kopanong e khethehileng ea letsatsi.

[Litšoantšo tse leqepheng la 45]

Boikemisetso le theknoloji ea morao-rao li ile tsa thusa morali’abo rōna hore a khanne thuto ea Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 46]

O ile a fana ka bopaki ka lebaka la ho tšepahala

[Setšoantšo se leqepheng la 48]

Borapeli ba lelapa bo thusitse Stefan hore a bolele litaba tse molemo sekolong

[Setšoantšo se leqepheng la 49]

O ile a pholosa motho ka lebaka la ho ba leqoophe

[Setšoantšo se leqepheng la 50]

O ile a fumana Paki eo e seng ngoana kapa motho ea hōlileng

[Setšoantšo se leqepheng la 55]

O ile a ba batlela “tuk-tuk” e le ’ngoe feela

[Setšoantšo se leqepheng la 58]

O ile a qala thuto ea Bibele ka lebaka la ho ithuta puo ea naha e ’ngoe

[Setšoantšo se leqepheng la 60]

Litsela li ngata tsa ho bolela litaba tse molemo ha monyetla o hlaha

[Setšoantšo se leqepheng la 63]

Ba bokella lingoliloeng tse buang ka lelapa

[Setšoantšo se leqepheng la 64]

Ba ile ba tlohela papali ea “rugby” e neng e tla ba tlisetsa chelete e ngata, ba sebeletsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela