Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Uganda
Batho ba Uganda ba ratang ’nete ba fetile linakong tse thata ka ho fetisisa naheng ena. Hlokomela kamoo ba ileng ba khona ho tšoarela liboka lepalapaleng, le hoja mosebetsi oa bona o ne o thibetsoe. Ithute hore na Obwakabaka bwa Katonda e bolela’ng le hore na e u thusa joang hore u ikutloe u momahane le bara le barali bana babo rōna ba tšepahalang.
Albania
Borapeli ba ’nete bo ile ba tsoela pele joang ha malumeli ’ohle a thibetsoe? Na barab’abo rōna ba ne ba tla hana ho inehela leha ba qetile lihora tse ngata ba khakhathoa ka sehlōhō? Mor’abo rōna ea tšepahalang ea neng a le makhatheng a lefu o ile a re’ng ha a eletsa barab’abo rōna ba bacha ba neng ba ka ’na ba koalloa teronkong? Fumana likarabo tsa lipotso tsena paleng ena e matlafatsang tumelo ea batho ba tšepahalang.
Belize
Bahlanka ba Jehova ba ikokobelitseng ba bileng ba sebetsang ka thata ba ’nile ba etella pele mosebetsing oa ho ruta ’nete naheng ena eo ho eona ho phelang batho ba litso tse sa tšoaneng. Ithute se ileng sa etsahala ‘Lebaleng la Ntoa,’ ’me u bone seo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa se etsa ha Leholiotsoana Hattie le puputla naheng eo. Bala kamoo litaba tse molemo li ileng tsa boleloa libakeng tse pel’a leoatle haufi le Mopopotlo oa Likorale Tsa Leoatle oa Belize o botle bo hlollang.