Uganda
BAFUPUTSI ba nkile lilemo tse makholo-kholo ba ntse ba batlisisa mohloli oa Nōka ea Nile e khōlōhali e parolang Afrika ka lehare e be e e’o kena Leoatleng la Mediterranean. Qetellong bafuputsi ba bang ba entse qeto ea hore mohloli o moholo oa Nōka ea Nile e phallang e sa khaotse o Letšeng la Victoria hammoho le lithabeng tse le potolohileng. Lilemong tsa morao tjena tse mashome baahi ba bangata sebakeng sena ba ’nile ba thabela ho fumana mohloli oa metsi a bohlokoa haholo e leng “metsi a phelang” a fanang ka “bophelo bo sa feleng.” (Joh. 4:10-14) Bukeng ena re tla pheta pale ea batho ba Uganda ba ’nileng ba “nyoreloa ho loka.”—Mat. 5:6.
“PERELA EA AFRIKA”
Uganda, e holim’a equator, bohareng ba Afrika ke naha e ntle le eo boemo ba eona ba leholimo bo leng botle. Metsi a phatsimang a phallelang linōkeng le matšeng a mangata a tsoa leqhoeng le leholo le qhibilihang holim’a Lithaba Tsa Ruwenzori tse entseng mokoloko tse bitsoang Lithaba Tsa Khoeli. Kaha Uganda e na le mobu o nonneng ebile e ratoa ke lipula, ke sebaka se setle sa ho lema kofi, tee le k’hothone. Banana e phehoang e lengoa ka bongata sebakeng sena ’me lijo tse ratoang haholo Uganda tse bitsoang matooke, li etsoa ka banana ena. Batho ba moo ba boetse ba ja cassava, nyalothe, mabele le lijo tse entsoeng ka phofo ea poone.
Naheng ena e chesang, e mongobo ho na le litau, litlou, likubu, likoena, mangau, lithuhlo, matsa hammoho le lichimpanzi, mefuta-futa ea litšoene tse tšehisang le likorilla tse seng li le ’maloa haholo. Linonyana tsa teng li ntle ebile li letsa meloli e monate. Ka sebele Uganda eo ha ba e reneketsa ba reng ke “perela ea Afrika” e botle ba ho tsotoa!
BATHO BA UGANDA BA RATEHANG
Baahi ba Uganda ba ka ba limilione tse 30 ’me ba tsoa merabeng e sa tšoaneng e ka bang 30. Boholo ba bona ba rata bolumeli ebile ba kena likereke tse ipitsang tsa Bokreste. Leha ho le joalo, libakeng tse ling teng batho ba kenang kereke ba ntse ba khomaretse meetlo ea bona. Boholo ba batho ba Uganda ba rata batho ebile ba amohela baeti ka mofuthu, ’me ke ntho e tloaelehileng hore motho a khumame ha a lumelisa motho e moholo kapa a mo fa lijo.
Leha ho le joalo, ho utloisa bohloko hore ebe ka bo-1970 le bo-1980, naha ena e ntle e nkoang e le “perela” e ile ea senngoa ’me baahi ba eona ba e-ba mahlomoleng ka lebaka la merusu ea lipolotiki e ileng ea bolaea batho ba likete-kete. Ho feta moo, mahlomola a batho ba Uganda a ’nile a tota ka lebaka la lefu la AIDS. Le har’a maemo ana, Lipaki Tsa Jehova li bolella batho bana ba khonang ho mamella mathata molaetsa o tšelisang, o ba fang tšepo.
BA ILENG BA BULA TSELA
Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso Uganda o qalile khale koana ka 1931, ha lekala la Afrika Boroa le ne le tsamaisa mosebetsi oa boboleli linaheng tsa Afrika tse ka boroa ho equator. Lekala lena le ile la romela bo-pula-maliboho ba babeli, e leng Robert Nisbet le David Norman, ho ea qala mosebetsi oa ho bolela tšimong ena e sabaletseng. Ba ile ba sebetsa linaheng tseo hona joale e seng e le Kenya, Uganda le Tanzania.
Mor’abo rōna Nisbet le Mor’abo rōna Norman ba ne ba ikemiselitse ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso likarolong tse bohareng ba Afrika. Letšolong leo la bona, ba ile ba qala Dar es Salaam ka la 31 August, 1931, ba nkile mabokose a libuka a 200. Ha ba tloha moo ba ile ba ea sehlekehlekeng sa Zanzibar ’me ba pota motseng oa Mombasa o pel’a kou ea leoatle ha ba ea lihlabeng tsa Kenya. Ba ile ba tsamaea ka terene, ba sebetsa metse e pel’a seporo ba lebile lebōpong le ka bochabela la Letša la Victoria. Bo-pula-maliboho bana ba sebete ba ile ba tšela letša lena ka sekepe ’me ba fihla Kampala, e leng motse-moholo oa Uganda. Ka mor’a hore ba tsamaise lingoliloeng tse ngata, haesita le ho fumana lipeeletso tsa The Golden Age, ba ile ba tsamaea ka koloi, ba kenella hare-hare.
Lilemo tse ’nè hamorao, e leng ka 1935, bo-pula-maliboho ba bang ba bane ba tsoang Afrika Boroa ba ile ba tsoa letšolo ba leba Afrika Bochabela. E ne e le Gray Smith le mofumahali oa hae, Olga, hammoho le Robert Nisbet le moen’ae George. Bo-pula-maliboho bana ba mafolofolo ba ile ba tsamaea ka livene tse peli tse haheletsoeng le lik’haravene, ba tsamaea litseleng tse mpe moo ba neng ba fohla joang bo bolelele ba limithara tse ka bang tharo. Buka e ’ngoe ea selemo e re: “Ba ne ba atisa ho robaletsa naheng, moo ba neng ba utloa melumo ea liphoofolo tse hlaha tsa Afrika ba bile ba li bona—ba utloa litau tse purumang bosiu, ba bona liqoaha tse fulang ka khotso le lithuhlo, ba sehoa ke letsoalo ha ba utloa mokhoathatsa oa litšukulu le oa litlou.” Leha ho le joalo, ba ne ba sa tšabe letho ha ba ea metseng eo ho hang ho neng se motho ea kileng a bolela molaetsa oa ’Muso ho eona.
Ha Robert le George Nisbet ba leba Nairobi, Kenya, Gray le Olga Smith ba ile ba qeta nako e itseng ba le Tanganyika (eo kajeno e leng Tanzania). Hamorao, ha bo-ralikolone ba leleka ba ha Smith, Tanganyika, ba ile ba ea Kampala, Uganda. Leha ho le joalo, ka nako eo maemo a ne a se matle hakaalo ’me mapolesa a Kampala a ne a lula a ba behile leihlo. Ba ha Smith ba ile ba qeta likhoeli tse peli feela ba le moo, empa ka sebete ba tsamaisa libuka le libukana tse 2 122 ’me ba lokisetsa hore ho tšoaroe liboka tse tšeletseng. Leha ho le joalo, qetellong ’musisi oa moo o ile a ba leleka Uganda. Ba ile ba ea Nairobi, moo ba ileng ba kopana le bara ba Nisbet pele ba khutlela Afrika Boroa.
Jehova o ile a hlohonolofatsa liphutuho tsena tsa mosebetsi oa ho bolela ’me tsa atleha haholo, hoo ho ileng ha fanoa ka bopaki bo botle. Ho sa tsotellehe hore na batho ba bolumeli ba ne ba hanyetsa bo-pula-maliboho bana hakae le hore bo-ralikolone ba ne ba ba hatella, ba ile ba tsamaisa libuka tse fetang 3 000 le libukana tse fetang 7 000, ’me ba fumana lipeeletso tse ngata. Ka mor’a liphutuho tsena, ho ile ha feta lilemo tse ngata pele litaba tse molemo li boleloa hape Uganda.
MOSEBETSI OA BOBOLELI OA QALISOA
Ka April 1950, banyalani ba bang ba bacha ba tsoang Engelane, e leng Mora le Morali oabo rōna Kilminster ba ile ba fallela Kampala. Ba ile ba bolela litaba tse molemo ka cheseho ’me ba thaba ha malapa a mang a mabeli a amohela molaetsa oa ’Muso; lelapa le leng e ne e le la Bagerike ha le leng e le la Mataliana.
Eaba ka December 1952, Mor’abo rōna Knorr le Mor’abo rōna Henschel ba etela Nairobi, Kenya ba tsoa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e New York. Mor’abo rōna Kilminster o ne a sa batle ho fetoa ke monyetla oa ho kopana le bona, kahoo o ile a nka leeto le lelelele la ho tloha Kampala a ea Nairobi. Mor’abo rōna Knorr le Mor’abo rōna Henschel ba ile ba khothatsa sehlotšoana seo sa Nairobi ba ba ba lokisetsa hore ho thehoe phutheho Kampala. Phutheho eo e neng e sa tsoa thehoa e ile ea beha litholoana tse ntle ka potlako, hoo selemong sa tšebeletso sa 1954 ho ileng ha e-ba le tlhōrō ea bahoeletsi ba leshome.
Selemong sona seo, Eric Cooke o ile a tloha ofising ea lekala ea Rhodesia Boroa (eo hona joale e leng Zimbabwe), a etela Afrika Bochabela ’me a qeta nako e itseng a e-na le phutheho e ncha ea Kampala. Le hoja phuthehong eo ho ne ho tšoaroa thuto ea Molula-Qhooa beke le beke, barab’abo rōna ba ne ba e-s’o ka ba chesehela tšebeletso ea tšimo. Kahoo, Mor’abo rōna Cooke o ile a khothalletsa Mor’abo rōna Kilminster hore a tšoare liboka tsohle tsa phutheho ho akarelletsa le Seboka sa Tšebeletso sa beke le beke. E le ho thusa hore mosebetsi oa boboleli o tsoele pele, Mor’abo rōna Cooke o ile a khothalletsa bahoeletsi hore ba ikakhele ka setotsoana tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ’me eena ka lerato a koetlisa ba bang hore ba etse mosebetsi ona.
Ho fihlela mehleng eo, batho ba bangata ba neng ba se ba boleletsoe litaba tse molemo e ne e le ba tsoang Europe ba lulang Uganda. Empa Mor’abo rōna Cooke o ile a lemoha hore boholo ba Mauganda a lulang Kampala a bua Seluganda. O ile a fana ka keletso ea hore barab’abo rōna ba fetolele lingoliloeng ka Seluganda e le hore ba tle ba finyelle lipelo tsa batho ba Uganda. Ka 1958, bahoeletsi ba ile ba qala ho sebelisa bukana e neng e sa tsoa fetoleloa e bitsoang “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso.” Ka sebele seo se ile sa ba tsosa molota! Mosebetsi o ile oa tsoela pele ’me ka 1961 ha e-ba le tlhōrō e ncha ea baboleli ba ’Muso ba 19.
Mor’abo rōna Kilminster o ile a kopana le George Kadu moo a neng a sebetsa teng. George e ne e le Mouganda ea mahlahahlaha ea lilemong tsa bo-40 ebile leleme la hae le paqame ha a bua Senyesemane le ha a bua puo ea habo ea Seluganda. George o ile a thahasella ho tseba ’nete ea Mangolo ha a utloa hore lebitso la Molimo ke Jehova, eaba o qala ho ithuta Bibele. Ka mor’a nako e seng kae o ile a qala ho tsamaea le Mor’abo rōna Kilminster ha a bolela ka ntlo le ntlo, ’me a mo tolokela. Eaba ka 1956 George o tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka ho kolobetsoa Letšeng la Victoria haufi le Entebbe. Lena e ne e le lekhetlo la pele batho ba kolobelletsoa Uganda.
Ka masoabi nakoana ka mor’a moo mosebetsi oa ’Muso o ile oa boela oa ea ka letheketheke. Barab’abo rōna ba bang ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba khutlela ha habo bona ha likonteraka tsa mosebetsi li fela. Barab’abo rōna ba ’maloa ba ile ba khaoloa, ’me ba bangata ba khopisoa ke boitšoaro bo sa lumellaneng le Mangolo ba litho tse ling tsa phutheho. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Kadu o ne a rata Jehova a bile a kholisehile hore o fumane ’nete. O ile a e khomarela “nakong e tšoanelang [le] nakong e likhathatso” ’me ea e-ba moholo ea tšepahalang ho fihlela ka 1998 ha a hlokahala.—2 Tim. 4:2.
HO SEBELETSA MOO HO HLOKAHALANG BABOLELI BA EKETSEHILENG
Tšimo ea Afrika Bochabela e ne e le khōlō ’me e hloka baboleli ba ’Muso ba eketsehileng. Ho ne ho boetse ho e-na le bothata bo bong ba hore ’muso oa bo-ralikolone o ne o sa lumelle baromuoa ho kena sebakeng seo. Bothata boo bo ne bo tla rarolloa joang?
Ka 1957 ho ile ha etsoa boipiletso bo eang lefatšeng lohle ba hore bahoeletsi ba fallele moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba eketsehileng. Barab’abo rōna ba tiileng tumelong ba ile ba khothalletsoa ho fallela libakeng tse joalo. Boipiletso boo bo ne bo tšoana le ba monna e mong eo moapostola Pauluse a ileng a mo bona ponong. Monna eo o ile a re: “Tšelela Macedonia ’me u re thuse.” (Lik. 16:9, 10) Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso o ile oa tsoela pele joang Uganda ka mor’a hore ho etsoe boipiletso boo mehleng ea kajeno?
Frank le Mary Smith ba ne ba e-na le boikutlo bo kang ba Esaia, eare ha ba utloa hore ho hlokahala baboleli ba eketsehileng Afrika-Bochabela, ba lokisetsa ho fallela teng hang-hang.a (Esa. 6:8) Ka July 1959 ba ile ba tloha New York ka sekepe ’me ba feta Cape Town ha ba leba Mombasa. Eaba ba ea Kampala ka terene, moo Frank a ileng a fumana konteraka ea mosebetsi e le setsebi sa lik’hemik’hale Lefapheng la ’Muso la Bopotiele. Ba ha Smith ba ile ba lula sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 35 ka boroa ho Kampala, motseng oa Entebbe o motle o lebōpong la Letša la Victoria, moo molaetsa oa ’Muso o neng o e-s’o ka o fihla. Ba ne ba e-ba teng libokeng kamehla phuthehong e ’ngoe e nyenyane e Kampala e neng e ntse e hōla.
Ha hoa ka ha feta nako e telele pele ba ha Smith ba ruta Peter Gyabi le mofumahali oa hae Esther ’nete. Peter o ne a sebetsa ’musong Uganda ’me a le boemong bo phahameng. O ne a se a ile a fuoa buka ea What Has Religion Done for Mankind?b empa a sa ka a e bala hobane a ne a phathahane haholo a bile a isoa koana le koana ke mosebetsi. Eaba Peter o romeloa ho ea lokisa qaka e neng e hlahile pakeng tsa merabe e ’meli e neng e tseka sebaka se itseng. O ile a rapela a re, “Molimo, ha u ka nthusa, ke tla u sebeletsa.” Eitse ha a qeta ho rarolla bothata bona ka khotso, a hopola thapelo ea hae eaba o qala ho bala buka eo. O ile a hlokomela hore seo a se balang ke ’nete ’me a qala ho batla Lipaki. O ile a thaba haholo ha a kopana le Frank Smith, ea ileng a lumela ho khannela Peter le mofumahali oa hae thuto ea kamehla ea Bibele. Ka mor’a moo, banyalani bana ba ratehang ba ile ba kolobetsoa, ’me le hona joale e ntse e le baboleli ba mafolofolo ba ’Muso ka mor’a lilemo tse mashome a mane ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.
Boipiletso bona ba ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba eketsehileng bo ile ba ama lipelo tsa bara ba bang babo rōna ba tsoang linaheng tse ling. Ba bang ba ile ba batla likonteraka tsa mosebetsi o ileng oa ba isa libakeng tse hōle le sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba Phutheho ea Kampala. Banyalani ba bang ba ile ba ea Mbarara, e leng torotsoana ea Uganda e maralleng a ka boroa-bophirimela, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 300 ho tloha Kampala. Ba ile ba lokisetsa hore Thuto ea Molula-Qhooa le thuto ea buka li tšoareloe lapeng ha bona. Leha ho le joalo, ba ne ba atisa ho nka leeto le lelelele la ho ea Kampala kapa Entebbe e le hore ba e’o ba ’moho le metsoalle e ratehang ea Bakreste. Hape ba ne ba lula ba buisana le ofisi ea lekala e Luanshya, Rhodesia Leboea (eo hona joale e leng Zambia) e leng eona e neng e tsamaisa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso Afrika Bochabela ka nako eo. Harry Arnott, eo e neng e le molebeli oa lekala leo, o ile a etela Kampala e le molebeli ea etelang makala ho ea khothatsa bahoeletsi bao ba seng bakae ba Uganda. Ba ile ba ananela haholo kameho ea hae e lerato.
Banyalani ba bang ba neng ba labalabela ho sebeletsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng e ne e le Tom le Ann Cooke ba tsoang Engelane. Tom o ile a batla mosebetsi linaheng tse ngata ’me a fumana mosebetsi oa ho ba mookameli Lekaleng la Thuto Uganda. Qalong mosebetsi oa hae o ile oa etsa hore eena le Ann le morali oa bona ea lilemo li ’nè, e leng Sarah, ba lule torotsoaneng ea Iganga, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 130 ka bochabela ho Kampala. Ka mor’a hore Rachel, e leng morali oa bona oa bobeli a hlahe, Tom le lelapa la hae ba ile ba fallela Jinja, e leng toropo e sebakeng seo batho ba tloaetseng ho re ke mohloli oa Nile. Hamorao ba ile ba fallela Kampala.
BOITELO LE MAHLOHONOLO
Ka sebele malapa ana ’ohle a ile a khatha tema e khōlō mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso Uganda! Ke ’nete hore ba ile ba tela bophelo boo ba neng ba bo tloaetse hammoho le mabothobotho ao ba neng ba phela ho ’ona. Leha ho le joalo, ba ile ba thaba ha ba bona batho ba ikokobelitseng ba fetola tsela eo ba phelang ka eona ’me ba mamela litaba tse molemo tsa ’Muso. Lerato la Bokreste le ile la etsa hore ba utloane haholo le batho ba moo hobane ba ne ba bokana borapeling ’me ba qeta nako ba le hammoho.
Tom Cooke o re: “Re ile ra hlolloa ha re bona batho ba re amohela ka thabo ba bile ba re hlompha ha re le tšimong e bile e le batho ba inyenyefalitseng le ba itlhomphang. Re ikutloa re tlotliloe ka tsela e khethehileng ka lebaka la bonyane boo re ileng ra bo etsa hore ebe phutheho ena e ile ea hōla.”
Ha Tom a botsoa hore na o ikutloa joang ha e le mona a ile a falla, o re: “Na ho na le sebaka se setle ho feta see, moo re neng re ka sebeletsa Jehova le bana ba rōna ba banyenyane? Bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ngata ba ile ba re behela mohlala o babatsehang. Re ile ra tloaelana le barab’abo rōna ba Uganda ba lerato le ba tšepahalang, ra ba ra tlotloa ka boikarabelo bo bongata tšebeletsong ea Molimo. Re ne re se na thelevishene empa re ne re boha botle ba naha ea Afrika. Tsena ke linyane feela har’a mahlohonolo ao re a fumaneng.”
Bahoeletsi ba neng ba sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng ba ne ba ananela ho ba ’moho le Bakreste ba bang. Ba ne ba bontša sena ka ho nka maeto a malelele ho ea likopanong tsa potoloho Kenya. Ha ba ea teng, ba ne ba palama terene kapa bese e neng e haola sebaka sa lik’hilomithara tse 750.
Ho ne ho hlokahala hore ba nke maeto a malelele le ho feta ha ba e-ea likopanong tsa setereke. Ka mohlala, ka 1961 ho na le ba ileng ba ea likopanong tsa setereke Kitwe, Rhodesia Leboea (Zambia) ba tsoa Uganda le Kenya. E mong oa bona o itse: “E ne e le leeto la matsatsi a mane la lik’hilomithara tse fetang 1 600 litseleng tse mpe tsa Tanganyika (Tanzania) tseo boholo ba tsona li neng li sa katoa. Ha re khutlela Uganda re ile ra boela ra tsamaea lesabasabeng la Afrika le tletseng lerōle, leo mocheso oa lona o ntšang koena bolibeng. Ho ne ho hlile ho nyolosetsa, empa monate oa ho bokana le bara le barali babo rōna ba bangata e bile tlhohonolofatso e khōlō.” Ka sebele lena e bile leeto le boima le hlokang hore ba ikitlaetse, empa ruri tumelo ea bona e ile ea matlafala!
BAROMUOA BA ETSA MOSEBETSI OA BOHLOKOA
Ka 1962, Uganda e ile ea khaotsa ho busoa ke Brithani, eaba ea ipusa. Selemong se latelang Mor’abo rōna Henschel o ile a etela Nairobi, Kenya, ’me a buisana le barab’abo rōna ka monyetla oa ho romela baromuoa Uganda. Ke baromuoa bafe ba neng ba tla romeloa moo?
Tom le Bethel McLain, ba fumaneng mangolo a bona sehlopheng sa bo37 sa sekolo sa Gileade, ba ne ba sa tsoa fihla Nairobi. Ba ile ba makala haholo ha ba bolelloa hore ba abetsoe ho ea sebeletsa Kampala! Empa ba ile ba amohela kabelo ena e ncha ka pelo e tšoeu ’me ea e-ba bona baromuoa ba pele ba tsoang sekolong sa Gileade ba ileng ba romeloa Uganda. Tom o re: “Qalong re ne re hloloheloa Kenya, empa ka mor’a nakoana re ile ra natefeloa haholo Uganda kaha batho ba teng ba ne ba le mosa ebile ba thabela ho utloa molaetsa oa ’Muso.”
Tom le Bethel ba ne ba ntse ba ithuta Seswahili ha ba le Kenya, empa joale ba ne ba lokela ho ithuta puo e ’ngoe, e leng Seluganda. Ho ne ho se na motho ea ba rutang puo ena, empa ba ne ba tšepile Jehova, ba bile ba ikemiselitse ho ithuta eona, ’me ba ile ba sebelisa buka e thusang motho hore a ithute puo a le mong. Khoeling ea pele ba le Uganda, ba ile ba qeta lihora tse 250 ba ithuta puo ena e ncha, ’me khoeling ea bobeli ba qeta lihora tse 150. Ntle ho moo ba ne ba sebetsa lihora tse 100 ka khoeli tšimong. Butle-butle ba ile ba tseba puo ena e ncha ’me ba una litholoana tse molemo tšimong.
Ka January 1964, Gilbert le Joan Walters, ba fumaneng mangolo a bona sehlopheng sa bo38 sa Sekolo sa Gileade ba ile ba tla sebetsa le Tom le Bethel. Ho ile ha boela ha tla malapa a mang a mabeli a tsoang sehlopheng sona seo, e leng Stephen le Barbara Hardy hammoho le Ron le Jenny Bicknell. Ba ne ba abetsoe ho ea sebetsa naheng ea boahelani ea Burundi empa kaha ha baa ka ba fuoa tumello ea ho kena naheng eo, le bona ba ile ba isoa Uganda. Ka mor’a nako e khutšoanyane, ho ne ho se ho hlokahala lehae le leng la baromuoa Kampala.
Phutheho ea Kampala e ne e ikhetha. Litho tsa eona li ne li akha Mor’abo rōna Kadu le lelapa la hae; John le Eunice Bwali, e leng bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Rhodesia Leboea le bana ba bona; hammoho le Margaret Nyende le bana ba hae ba banyenyane. Liboka li ne li tšoareloa lepalapaleng. Gilbert Walters o re: “Bafeta-ka-tsela ba ne ba re bona ’me ba re utloa, le hoja re ne re se bangata. Ba ha Bwali ba ne ba phokola lipina tsa ’Muso ka mantsoe a phefa, ba bina ho tloha pelong le hoja ho se ’mino oa liletsa, ’me re ne re etsetsa sena sohle moo batho ba ntseng ba re bona. Seo se ile sa re fa sebete sa ho tsoela pele ka mosebetsi oa boromuoa.”
Ka mor’a nako e seng kae, Gilbert le Joan Walters ba ile ba fuoa mosebetsi oa ho theha lehae la baromuoa Jinja, moo litaba tse molemo li neng li e-s’o boleloe ka tsela e hlophisitsoeng. Hamorao, ho ile ha thehoa mahae a mang a mabeli a baromuoa—le leng la thehoa Mbale, pel’a moeli oa Kenya, le leng Mbarara. Baromuoa ba neng ba lula mahaeng ana a mabeli ba ne ba sebetsa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ’maloa ba tsoang linaheng tse ling. Ho ne ho hlakile hore tšimo eo e ne e “soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Empa ho ne ho ka etsoa’ng e le hore mosebetsi oa kotulo o etsoe ka potlako?
TŠIMO E SEBETSOA KA TSELA E HLOPHISITSOENG
Baboleli bana ba nako e tletseng ba Uganda ba ile ba ikitlaelletsa ho etsa sohle se matleng a bona e le hore ba sebetse tšimo ea bona e khōlō ka tsela e hlophisehileng. Har’a beke ba ne ba bolela litaba tse molemo libakeng tseo literata li nang le mabitso le matlo a nang le linomoro. Leha ho le joalo, ba ne ba ka bolela litaba tse molemo ka tsela e hlophisehileng joang libakeng tseo literata li se nang mabitso le matlo a teng a se nang linomoro?
Tom McLain o re: “Re ne re arola tšimo ka maralla. Ba babeli ba ne ba hlaha leralla ka lehlakoreng le leng ha ba bang ba le hlaha ka ho le leng. Re ne re tsamaea litseleng, re hloa leralla re le theosa ho fihlela re kopana.”
Ka mor’a nakoana barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba qala ho rua molemo ha batho ba Uganda ba bangata ba tsebang sebaka le meetlo ea moo e e-ba Lipaki. Ka lehlakoreng le leng, bahoeletsi ba Uganda ba ile ba ithuta ho hongata ho bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ling. Ka mohlala, barab’abo rōna ba Mauganda ba lulang Jinja, ba ne ba se ba qalile ho tsamaea le baromuoa tšimong. Ka Lisontaha ba ne ba qala ka mosebetsi oa ntlo le ntlo ho tloha ka 8:00 ho fihlela ka 10:00 ea hoseng. Ho tloha moo ba ne ba qeta hora ba etsa maeto a ho boela ebe ba khanna thuto ea Bibele ho fihlela har’a mp’a motšehare. Ka tsela ena, bohle ka phuthehong ba ne ba rua molemo, ha ba ntse ba khothatsana ba bile ba fanana malebela.
Toropo ea Jinja eo ka nako eo e neng e hlahlama e khōlō ka ho fetisisa ka har’a naha, e ne e e-na le seteishene se fehlang motlakase, ke ka lebaka leo e neng e ratoa ke beng ba lifeme. Baromuoa ba ne ba atleha haholo ho pakela batho ba emetseng litekesi le libese. Baeti ba tsoang hōle ba ne ba labalabela ho fumana lingoliloeng tse buang ka Bibele e le hore ba li bale ha ba le leetong. Ka lebaka leo, peō ea ’Muso e ile ea hasoa hōle le haufi libakeng tsa mahaeng.
Barab’abo rōna ba ile ba boela ba hasa litaba tse molemo seea-le-moeeng e le hore li ka fihla ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Seea-le-moea sa sechaba se ile sa ba lumella hore beke le beke ba hase molaetsa oa bona lenaneong la “Lintho Tseo Batho ba Nahanang ka Tsona.” Lenaneong lena ho ne ho buisana barab’abo rōna ba neng ba bitsana Monghali Robbins le Monghali Lee ’me ba tšohla litaba tse thahasellisang tse kang “Ho Sebetsana le Mathata a Lelapa” le “Tsela ea ho Itšireletsa Tlōlong ea Molao le Pefong.” Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Ho hang ho ne ho sa tloaeleha ho utloa lentsoe la Moamerika le la Moscottish seea-le-moeeng sa Maafrika. Hangata ha re le tšimong, batho ba ne ba bua ka lenaneo leo e leng se neng se bontša hore le atlehile.”
TSELA EA HO THUSA BABOLELI BA BACHA
Ka nako eo sehlopha sa Jinja se ne se tšoarela liboka holong ea sechaba ea Walukuba. Tom Cooke o re: “Boholo ba barab’abo rōna e ne e sa tsoa ba Lipaki, ’me ba se na libuka tse lekaneng tse ka ba thusang ho lokisetsa lipuo tsa bona.” Bothata boo bo ne bo ka rarolloa joang?
Tom o re: “Baromuoa ba ile ba beha libuka ha mor’abo rōna ea neng a lula bohareng ba motse. Mantaha o mong le o mong ka phirimana ba neng ba fuoe lipuo ba ne ba e-ea ha hae e le hore baromuoa ba ba thuse ha ba lokisetsa lipuo tsa bona.” Hona joale ho na le liphutheho tse ngata Jinja hoo mosebetsi oa boboleli le oa ho etsa barutuoa o ntseng o tsoela pele ka katleho mohloling ona o moholo oa Nile.
BALEBELI BA POTOLOHO BA KHATHA TEMA EA BOHLOKOA
Ka September 1963, mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo Uganda o ile oa tsamaisoa ke lekala le neng le sa tsoa thehoa la Kenya. Le hoja William le Muriel Nisbet ba ne ba potoloha Nairobi, ba ile ba boela ba fuoa Uganda e le karolo ea potoloho ea bona. Se thabisang ke hore William o ne a hata mohlaleng oa Robert le George, e leng baholoane ba hae ba sebete ba neng ba ile ba bolela litaba tse molemo Uganda lilemong tse ka bang 30 pele ho moo. Bahoeletsi ba ile ba rua molemo boikitlaetsong ba William le Muriel Nisbet.
Batho ba thahasellang litaba tse molemo ba ne ba ntse ba eketseha, ho thehoa lihlopha tse eketsehileng ’me ho e-ba le bahoeletsi libakeng tse qaqolohaneng. Kahoo, balebeli ba potoloho ba ne ba phetha mosebetsi oa bohlokoa ha khafetsa ba etela bara le barali babo rōna ba qalikaneng, kaha seo se ne se ba fa monyetla oa hore ba ba koetlise, ba ba khothatse, ’me ba ba kholise hore “mahlo a Jehova a talimile ba lokileng.”—1 Pet. 3:12.
Ka 1965, Stephen le Barbara Hardy ba ile ba etela liphutheho tse potolohong e neng e tloha Uganda ho ea lihlekehlekeng tsa Seychelles tse bohōle ba lik’hilomithara tse 2 600 Leoatleng la Indian. Ka nako e ’ngoe ba ile ba haola le Uganda e le hore ba bone hore na ke hokae moo bo-pula-maliboho ba ka atlehang. Lekala la Kenya le ile la ba alima K’hombi ea Volkswagen e le hore ba ka tsamaea ka eona le ho robala ho eona; ba ile ba tsamaea libakeng tse ngata tsa Uganda ka libeke tse tšeletseng feela, ba ea toropong ea Masaka, Mbarara, Kabale, Masindi, Hoima, Fort Portal, Arua, Gulu, Lira le Soroti.
Mor’abo rōna Hardy o re: “Re tsamaile hamonate leetong leo, le tšimo ea moo e le monate. Batho bohle, ho akarelletsa le ba boholong ba ne ba ikemiselitse ho re thusa ba bile ba le botsoalle. Hangata ha re ne re kena lapeng le itseng, baahisani le batho ba fetang ka tsela ba ne ba bokana ho tla mamela molaetsa oa rōna ’me ho e-ba joalokaha eka ke puo ea phatlalatsa. Esita le haeba re ne re eme sebakeng se sa phetheseleng, kapele batho ba ne ba e-tla ba se ba ntse ba bobotheha, ba nka hore re baeti ba bona. Lingoliloeng li ne li tsamaea lenyelenyele. Re ile ra tsamaisa libuka tse ka bang 500, ’me ra fumana lipeeletso tse ngata tsa Molula-Qhooa le Tsoha!”
Ho ile ha bonahala hore ho na le batho ba bangata ba ka amohelang ’nete hobane batho ba Uganda ba rata batho, ba batla ho tseba lintho tse ncha, ebile ba thahasella ho bua ka bolumeli. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore ba ha Hardy ba ne ba thabela hore ebe Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa bona oa ho bolela tšimong ena e nonneng.
JEHOVA KE EENA EA HŌLISANG
Ka la 12 August, 1965 ho ile ha etsahala ntho e sa lebaleheng paleng ea batho ba Jehova Uganda ha Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba o ne o ngolisoa, e leng se ileng sa etsa hore mosebetsi oa ho etsa barutuoa o amoheloe ka molao. Mauganda a lipelo li ntle—a kang George Mayende, Peter le Esther Gyabi, hammoho le Ida Ssali—e bile Lipaki tsa pele tse matla lilemong tseo tsa bo-1960. Ka 1969, ho ile ha tlaleha bahoeletsi ba 75 Uganda; ba ne ba qalikane hohle har’a baahi ba ka bang limilione tse robeli, e leng hore baahing ba bang le ba bang ba fetang likete tse lekholo ho ne ho e-na le mohoeletsi a le mong. Ka 1970, palo ea baboleli ba ’Muso e ne e se e nyolohetse ho 97, eaba ka 1971 e fihla ho 128. Ka 1972, ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse mafolofolo tse 162 Uganda.
Le hoja khōlo ena e ne e khothatsa, barab’abo rōna ba ne ba tseba hore matla a bona ha a tsoe lipalong tsena tse eketsehang, empa a tsoa ho “Molimo ea hōlisang.” (1 Bakor. 3:7) Ba ne ba sa tsebe hore lilemong tseo tsa bo-1970 ho tla ba le liphetoho tse khōlō bophelong ba bona le hore tumelo ea bona e tla lekoa ka matla. Ka 1971 molaoli oa sesole, Idi Amin o ile a phethola ’muso eaba ho latela puso ea bohatelli e ileng ea tsosa moferefere har’a batho ba limilione ’me ha bolaoa batho ba likete-kete. Eaba ho tsoha lintoa tse ngata pakeng tsa ’muso le lihlopha tsa lingangele tse neng li le khahlanong le ’muso ona o mocha. Nako le nako ho ne ho koaloa maliboho a eang linaheng tsa boahelani. Ho ile ha e-ba le qomatsi. Batho ba qala ho jeoa ke koeeoko. Ba bang ba behoa leihlo. Bara le barali babo rōna ba Uganda ba ratang khotso ba ne ba tla etsa joang ha naha e se e jele boea joalo, batho ba phela ka tšabo ho bile ho tletse pefo?
BA TLA KHETHA “PUSO EA MOLIMO” KAPA EA BATHO?
Nakong eona eo ho ne ho ntse ho etsoa litokisetso tsa hore ka 1972 ho tšoaroe Kopano ea Setereke ea “Puso ea Molimo” Kampala, e leng kopano ea pele ea setereke e ileng ea tšoareloa Uganda. Ho ne ho lebeletsoe baeti ba tsoang Kenya, Tanzania, le ba tlohang hōle Ethiopia. Na barab’abo rōna ba ne ba tla atleha ho tšoara kopano har’a liqhoebeshano tse sa feleng, merusu ea lipolotiki le ea merabe le mathata a ho feta malibohong? Na ba ne ba tla e tlohela? Ba ile ba kōpa Jehova ka matla hore a ba tataise hore na ba etse joang mabapi le litokisetso tsa kopano le ka baeti ba neng ba e-tla kopanong.
Hamorao ho ile ha bonahala ho e-ba hobe le ho feta ha baeti ba fihlang lelibohong ba bona batho ba bangata ba baleha naheng eo! Boholo ba bona ba ne ba tsamaea hobane ’muso o ne o laetse hore batho bohle ba tsoang Asia bao e seng baahi ba Uganda—haholo-holo Maindia le Mapakistane ba lelekoe ka har’a naha. Ba bang ba bangata, ba akhang matichere a tsoang linaheng tse ling ba ne ba baleha hobane ba tšaba hore merabe ea bona e tla lelekoa hamorao. Baeti ba tlileng kopanong ba ne ba ntse ba fihla ho sa tsotellehe mathata ao. Ebe ba ne ba ke ke ba kopana le pela li falla motseng oo o tletseng liqhoebeshano tsa lipolotiki?
Ho makatsang ke hore ho ne ho khutsitse Kampala ha ba fihla, ’me thabo ea barab’abo rōna le batho ba thahasellang e ne e khaphatseha ha ba emetse baeti ba bona sebakeng seo kopano e neng e tlil’o tšoareloa ho sona. Ba ile ba boela ba hlolloa ha ba bona hore ba boholong ba lumeletse barab’abo rōna hore ba manehe lelapi le leholo seterateng sa Kampala se phetheselang ka ho fetisisa le tsebisang hore na kopano e tla tšoaroa ka letsatsi lefe le hore na e tla tšoareloa sebakeng sefe. Har’a merusu ena, puo ea phatlalatsa ea sehlooho se reng: “Puso ea Molimo ke Eona Feela e Tla Rarolla Mathata a Moloko ’Ohle oa Batho!” e ne e ngotsoe ka mongolo o motenya lelaping lena.
Lintho li ile tsa tsamaea hantle kopanong, ’me ha hoa ka ha e-ba le tšitiso. Ho ile ha e-ba le tlhōrō ea batho ba 937—e leng ntho e neng e e-s’o ka e etsahala haesale ho thehoa borapeli bo hloekileng Uganda. Le hoja baeti ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba kopana le mathata malibohong ha ba se ba khutlela hae, seo ha sea ka sa ba nyahamisa, ’me kaofela ba fihla hae ba sireletsehile. Har’a meferefere ena ea lipolotiki e neng e ntse e tota, batho ba Jehova ba ne ba se ba bontšitse hore ba tla tšepahala ho ’Musi Morena oa bona. ’Me nakong ena e thata, Molimo o ile a etsa hore batho ba hae ‘ba betefale ka matla.’—Pes. 138:3.
Mauganda a mang a bileng teng kopanong eo e bile George le Gertrude Ochola. Gertrude o re: “E ne e le lekhetlo la pele ke ea kopanong, ’me ka kolobetsoa hona kopanong eo!” Leha ho le joalo, ka nako eo George e ne e e-s’o be Paki. O ne a rata bolo hona hoo! ’me a nka hore ntho ea bohlokoa eo a ka e elang lebaleng la lipapali ke ho shebella bolo. Leha ho le joalo, ka 1975 o ile a kolobelletsoa Kenya. Ntho e ileng ea susumelletsa George hore a qetelle a tšoantšelitse boinehelo ba hae ka ho kolobetsoa ke boitšoaro bo botle ba mosali oa hae le hore ebe o ile a ithuta Bibele.
Gertrude o re e bile e mong oa batho ba pele ba ileng ba ithuta ’nete Uganda leboea. Ha a tsoela pele o re: “Ha ke kolobetsoa ka 1972, ke ne ke nahana hore motse oa heso o hōle haholo le litoropo. Hona joale ho na le Holo ea ’Muso, lehae la baromuoa esita le ofisi ea phetolelo. Sena se nthabisa le ho feta mohla ke kolobetsoang!”
‘NAKO E LIKHATHATSO’
Ka la 8 June, 1973, Lipaki li ile tsa makala ha li utloa seea-le-moeeng le thelevisheneng ho phatlalatsoa hore malumeli a 12 a akhang Lipaki Tsa Jehova a thibetsoe ka molao. ’Muso o mocha o ne o bakile tsitsipano ebile o entse hore batho ba belaellane. O ne o etselletsa batho ba tsoang linaheng tse ling ka ho re ke limpimpi. Ho ne ho ntse ho e-ba boima hore baromuoa ba bolele litaba tse molemo phatlalatsa. Ruri ena e ne e le ‘nako e likhathatso’ ho Lipaki Tsa Jehova tsa Uganda. (2 Tim. 4:2) Li ne li tla hlaheloa ke’ng?
Malapa a mabeli a baromuoa a ne a se a tsoile ka har’a naha selemong sona seo hobane ’muso o ile oa hana ha a kōpa hore a ekeletsoe nako ea bolulo. Ho ile ha sala baromuoa ba 12, empa bohareng ba July, kaofela ha bona ba ne ba se ba lelekiloe. Barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba neng ba tlil’o sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng ba ile ba sala ka nako e itseng ka lebaka la mosebetsi oa boipheliso, empa ha ea ka ea e-ba ka nako e telele. Selemong se latelang, kaofela ha bona ba ile ba lelekoa ka har’a naha.
‘BA TIILENG LE BA SA SUTHENG’
Ha ho makatse hore ebe bahoeletsi ba Uganda ba ileng ba sala ba ile ba utloa bohloko ha bara le barali babo bona ba ratehang ba tsoang linaheng tse ling ba tsamaea. Empa Jehova o ile a ba fa matla a ho ba ‘ba tiileng le ba sa sutheng.’ (1 Bakor. 15:58) Ho bontša hore ba ne ba tšepahala, ha Mor’abo rōna Ernest Wamala ea seng a hōlile, a tsebisoa hore Lipaki Tsa Jehova li thibetsoe o ile a araba a sa qeaqee a re: “Ba ka thibela ntho e ka pelong ea ka joang?”
Ebe joale baholo ba Mauganda ba kang George Kadu le Peter Gyabi, ba ne ba tla etsa joang ha e le moo baholo bohle ba tsoang linaheng tse ling ba se ba tsamaile? Ba ile ba thusoa ke ho ba le kamano e ntle le Jehova le ho tseba meetlo ea moo. Mor’abo rōna Gyabi o re: “Ntho e khōlō eo motho a e hlokang e le hore a amohele ’nete ’me a sebeletse Jehova Uganda ke boikemisetso. Bo tla mo thusa haholo hore a khaohane le meetlo e khahlanong le melao ea Jehova. Ka ho khetheha ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba etellang pele ba ikemisetse ho itšetleha ka ho feletseng ka litaelo tse ngotsoeng tse tsoang mokhatlong oa Jehova.” Kaha baholo ba moo ba ne ba khothalletse ho ithuta, seo se ile sa ba thusa hore ba qobe ho khelosoa ke bohlale bo sothehileng ba batho. Ka lebaka leo, ho e-na le hore batho ba Jehova ba nyehlise nakong ena e likhathatso, kamano ea bona le Jehova e ile ea e-ba matla.
Ka lehlakoreng le leng, baahi ba naha ba ne ba aparetsoe ke tšabo. Batho ba ne ba hlekefetsoa, ba bang ba lula ba tšohile masole. Kaha bobolu bo ne bo jele setsi, moruo oa naha o ile oa putlama. Naha ena e ntle e ne e le mahlomoleng. Na ho na le se neng se tla ’ne se thabise bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba Uganda nakong ee e likhathatso?
LIPOKANO TSE THABISANG
Ba boholong ba ne ba etsa sohle se matleng a bona hore ba thibele liboka tsa lipolotiki tseo ba neng ba belaella hore ke tsa batho ba batlang ho ketola ’muso. Le hoja ho hang Lipaki Tsa Jehova li ne li sa jele paate litabeng tsa lipolotiki, li ne li boetse li hlompha taelo ea Bibele ea hore li se ke tsa tlohela ho bokana le ho khothatsana. (Baheb. 10:24, 25) Li ne li lokela ho ba sebete ’me li be masene e le hore li ka tsoela pele ho bokana le hoja ’muso o sa li tšepeng o li behile leihlo. Bahlanka ba Molimo ba ne ba tla qoba ho tsosa libata masene joang ha ba le libokeng tsee tsa bona tse seng khahlanong le ’muso?
Ntho ea pele eo ba ileng ba e etsa ke ho lokisetsa hore ho be le liboka tsa lihlopha tse nyenyane tse kopanelang malapeng. Ha ba ne ba bokana ka lihlopha tse khōlō, ba ne ba etsa eka ba pikiniking. Ka mohlala, hang ka khoeli phutheho eohle e ne e bokana sebokeng sa puo ea phatlalatsa le sa Thuto ea Molula-Qhooa. Barab’abo rōna ba ne ba lokisetsa hore ho be le pikiniki serapeng se itseng sa boikhathollo kapa jareteng ea e mong oa bona. Leano lena le ile la sebetsa hantle kaha Mauganda a rata mekete, ’me ha a nke e le ntho e makatsang ha motho a ithabisa le metsoalle ea hae kapa beng ka eena. Ba ne ba le hlokolosi ha ba nka Libibele le libuka tsa bona. Ho phaella moo, barab’abo rōna ba ne ba tseba ho etsa lintho ka bohlale ’me ba tla le sohle se hlokahalang pikiniking le ha ho pheheloa ka ntle! Liboka tse joalo li ne li etsa hore ba nahane kamoo e tlamehang ebe Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba thabela mekete ea bona ea bolumeli kateng.—Deut. 16:15.
Ena ke tsela eo likopano tsa potoloho tse khutsufalitsoeng li neng li tšoaroa ka eona nakong eohle eo mosebetsi o neng o thibetsoe. Ho sa tsotellehe boiteko ba ’muso ba ho thibela barab’abo rōna, ha baa ka ba tlohela ho bokana kapa ho bolela litaba tse molemo. Ho phaella moo, barab’abo rōna ba bang ba ne ba khona ho ea likopanong tse khōlō Nairobi ’me ha ba khutla ba pheta liphihlelo tse khothatsang.
‘BA SELI JOALOKA LINOHA EMPA BA HLOKA MOLATO JOALOKA MAEBA’
Barab’abo rōna ba etellang pele ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore haeba ba le ‘seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo ba hloka molato joaloka maeba,’ thibelo ena e ne e ke ke ea ba amoha bolokolohi ka ho feletseng ’me mesebetsi e amanang le borapeli ba rōna e ka tsoela pele. (Mat. 10:16) Kahoo ka ho ba seli, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa likabelong tsa bona ’me bahoeletsi ba tsoela pele ka mosebetsi oa ntlo le ntlo.
Ke ’nete hore ba bang ba ne ba sa thabele ho eteloa ke Lipaki Tsa Jehova. Ka letsatsi le leng Peter Gyabi ea neng a ka ba ka holimo ho lilemo tse 75 o ne a sebetsa tšimo le mocha ea bitsoang Fred Nyende. Fred e ne e sa le ngoana ha ’mè oa hae a ithuta ’nete ka 1962. Joale o ne a se a le moholo, ’me a le mothating oa ho lekoa e le hore ho bonahale hore na o fela a hōlile.
Ha bara bao babo rōna ba le tšimong, monna e mong ea bohale oa lepolesa ea neng a sa apara junifomo o ile a lemoha hore ke Lipaki Tsa Jehova. O ile a ba tšoara ’me a ba qobella ho kena ka koloing ea hae. Batho ba likete ba neng ba tšoaroa ka tsela eo ba ne ba nyamella ruri, hase feela bara bana babo rōna ba neng ba tšoenyehile. Ho ne ho tloaelehile hore batho ba hlokofaletsoe ntho efe kapa efe kapa ba hlokofatsoe ntle ho lebaka. Peter le Fred ba ile ba e-ba le monyetla oa ho rapela Jehova ha ba leba sepoleseng, ba kōpa hore a ba fe matla e le hore ba khobe matšoafo ’me ba tšepahale. Lepolesa lena le ile la ba isa ho mookameli oa lona, la ba qosa ka ntho li hana ho fela ’me la ba hloma lipotso. Leha ho le joalo, Peter le Fred ba ile ba bona ka mahlo bonnete ba mantsoe a Liproverbia 25:15 a reng: “Molaoli o susumetsoa ka ho se fele pelo, ’me leleme le bonolo le ka roba lesapo.” Se thabisang ke hore ha ho na masapo a motho a ileng a hla a robeha mantsiboeeng ao. Mookameli eo ha aa ka a ba tšoara ka leeme hobane Peter a ile a araba a khobile matšoafo a bolela hore re batho ba bolokang molao le ba itšetlehileng ka ho feletseng ka lithuto tsa Bibele. Ho phaella moo, bara bana babo rōna ba ile ba bua ba ba ba itšoara ka tsela e bontšang tlhompho. Taba ee e ile ea fella kae?
Mookameli enoa o ile a lokolla Peter le Fred, a ba a laela lepolesa le ba tšoereng hore le ba khutlisetse tšimong ka koloi! Lepolesa leo le tlotlolotsoeng le ile la e-ba monyebe ha le ba khutlisetsa tšimong; empa barab’abo rōna bona ba leboha Jehova ka hore ebe o ba lopolotse.
Makhetlo a mang ao ka ’ona barab’abo rōna ba neng ba kopana le mapolesa ho ne ho sa be hobe hakaalo. Ka mohlala, Emmanuel Kyamiza le mofumahali oa hae ba neng ba hahile Entebbe, ka lekunutu ba ne ba tšoarela liboka lapeng ha bona hammoho le sehlopha se senyenyane sa batho ba thahasellang. E le hore Emmanuel a pate mohlala, o ne a sa khannele lithuto tsa Bibele sebakeng se le seng. Ka mor’a nako e itseng, Emmanuel o ne a nka hore leano la hae la ho ipatela mapolesa le atlehile! Ka letsatsi le leng, ha a le Entebbe Botanical Gardens a qeta ho khanna thuto ea Bibele, lepolesa le leng le ile la mo khaoletsa moo a lekang ho pata libuka ka potlako. Eaba lepolesa lena le re: “U patela’ng libuka tsee? Re tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang. Rea tseba hore le Lipaki Tsa Jehova. Re tseba le moo le bokanang teng. Haeba re ne re rata, e ka be e le khale re le tšoere. Empa le ka tsoela pele ka mosebetsi oa lōna.” Emmanuel o ile a fela a tsoela pele—le hona e le ka botšepehi!
Hamorao ha Emmanuel a itokolla mosebetsing ’me a khutlela hahabo, o ile a hanyetsoa haholo a ba a sonngoa. O ile a ‘hlompholloa sebakeng sa habo’ joaloka Jesu. (Mar. 6:4) Le hoja Emmanuel a ne a se a fetile lilemo tse 70, o ile a tsoela pele ho ‘atleha nakong ea bohlooho-putsoa,’ ’me o ne a atisa ho tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ka baesekele ha a e-ea libokeng. (Pes. 92:14) Le kajeno o ntse a etsa tšebeletso ea hae ka botšepehi e le mohlanka ea sebeletsang ea seng a fetile lilemo tse 85, le hoja a se a sa soaele baesekele kamoo a neng a ka rata kateng.
BO-PULA-MALIBOHO BA MAMELLANG
Le hoja merusu e ne e ntse e tsoela pele, ho ne ho lula ho e-na le ba ’maloa ba neng ba fumana monyetla oa ho bula maliboho. James Luwerekera, ea neng a sebetsa ’musong, ke pula-maliboho e mong ea neng a cheseha mehleng eo, ’me o ile a kolobetsoa ka 1974. Nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a qala mosebetsi oa temo e le hore a ka bolella batho ba motseng oa habo litaba tse molemo. Mofumahali oa hae le eena o ile a ithuta Bibele ka nakoana, empa ha nako e ntse e-ea o ile a leka ntho ena le eane ho hanyetsa James.
Ka mohlala, ha James le barab’abo rōna ba bang ba e-ea kopanong ea setereke Nairobi, ba ile ba tsohella tseleng. Hamorao ha ba emisoa ke mapolesa, barab’abo rōna ba ile ba hlokomela hore James o apere ka tsela e sa tloaelehang; o ne a apere liaparo tse sa mo tšoaneleng le tse sa mo lekaneng. Qalong o ile a soasoa le bona a re ke hobane a apere ka lefifi a bile a potlakile. Empa ha metsoalle ea hae e se e mo fatisisa, o ile a tsoa ka taba a hlalosa hore mofumahali oa hae o patile liaparo moo a lekang ho mo thibela ho ea kopanong; kahoo a tlameha ho apara eng kapa eng eo a e fumanang. Ka mosa barab’abo rōna ba neng ba tsamaea le eena ba ile ba mo alima liaparo tsa bona, ’me a ea kopanong a apere hantle.
Ka linako tse ling lelapa la James le baahelani ba ne ba mo sokolisa feela. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ba ne ba hlile ba mo hanyetsa ka matla. Sena se ile sa tsoela pele ka lilemo-lemo. Har’a maemo ana a bohloko, James o ile a mamella ka bonolo ’me a iketsetsa botumo ba ho ba motho ea tšepahalang ho fihlela a e-shoa ka 2005. Barab’abo rōna ba sa ntse ba tsota tumelo ea hae ’me ha ho potang hore Jehova, Molimo oa hae oa mo hopola.
“MOR’ABO MOTHO EA TSOALETSOENG HA HO E-NA LE MAHLOMOLA”
“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liprov. 17:17) Ka bo-1970, barab’abo rōna ba Kenya e ile ea e-ba metsoalle ea ’nete nakong eo Lipaki tsa Uganda li neng li aparetsoe ke mahlomola naheng e jeleng boea. Balebeli ba tsamaeang le baemeli ba lekala ba ne ba lokela ho ba sebete ha ba tšela leliboho ba kena Uganda ba il’o tšehetsa le ho khothatsa bara le barali babo bona ba ratehang.
Merusu ea lipolotiki e ile ea qhoma ka 1978 ha sehlotšoana sa masole a Uganda sa marabele se ne se hlasela karolo e ’ngoe ea naha ea Tanzania. Sesole sa Tanzania se ile sa busetsa molamu sefateng ka ho ketola ’muso oa Uganda ka April 1979, e leng se ileng sa etsa hore mohatelli ea tšajoang oa Uganda e leng Idi Amin, a tsoe ka har’a naha ka ntšoe li sa fohloa. Ho ile ha e-ba le liphetoho tse ngata Uganda ha Amin a baleha ka potlako. Mor’abo rōna e mong o re: “Eitse hoba Amin a tsamaee eaba re lokolloa ka molao hore re tsoele pele ka mosebetsi oa rōna.” Koranta ea Uganda Times e ile ea etsa tsebiso e reng: “Baromuoa ba Boetse Baa Amoheloa ka Har’a Naha.” Batho ba Jehova ba ile ba boela ba mo sebeletsa ka bolokolohi!
“KE TLA EA, LEHA BA KA MPOLAEA”
Ka mor’a hore ’muso o ketoloe ho ile ha e-ba le merusu, ’me ha batho ba Uganda ba ntse ba lokoloha, bosholu le bona bo ile ba ’na ba e-ja setsi. Ho hloka ’muso ho ile ha fella ka bosholu le pefo e tšabehang. Leha ho le joalo, hang-hang lekala la Kenya le ile la lokisetsa hore Günter Reschke le Stanley Makumba ba ee Uganda ’me ba qale ho tšoara likopano tsa potoloho.
Günter o re: “Libeke tse peli pele re etela Uganda ka mor’a ntoa, re ile ra tšoara sekolo sa bo-pula-maliboho Meru, haufi le Thaba ea Kenya. Ke hopola ke bala koranta e ’ngoe e buang ka lipolao tse ngata Kampala, tse neng li etsahala haholo-holo bosiu. Ka mor’a ho bala karolo e ’ngoe ka lentsoe le phahameng, ke ile ka khotsa ka re: ‘Khele! ke sona sebaka seo re lokelang ho ea ho sona bekeng e tlang see?’ Eitse ha ke nahana ka taba ena ka re, ‘Ha ke batle ho tšoana le Jonase ea ileng a baleha kabelo ea hae.’ Hang-hang ka ba sebete eaba ke re ka pelong, ‘Ke tla ea, leha ba ka mpolaea. Nke ke ka baleha joaloka Jonase.’”
Bara bana babo rōna ba ile ba ea kabelong ea bona; Stanley a ea liphuthehong tse bohareng ba naha ’me Günter a ea litoropong tse khōloanyane. Ba re: “Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse lokelang ho lokisoa ka mor’a ntoa. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 113 feela Uganda ba kopanelang tšebeletsong ea tšimo. Kaofela ba ile ba thabela ho boela ba kopana ka bolokolohi ’me kopano e tšoaroa pepenene; re ile ra thaba ha re bona ho e-ba le batho ba 241.” Le hoja ntoa e ne e tlatlapile batho ba bangata, ho ne ho ntse ho e-na le ba amohelang ’nete.
NAHA E NE E JELE BOEA
Ha bara bana babo rōna ba babeli, e leng Günter le Stanley ba le Mbale e haufi le moeli o ka bochabela, bosiu ba ile ba paka koloi ka pel’a ntlo ea moo ba neng ba fihletse teng. Har’a bosiu ba ile ba utloa ha masholu a ntse a retla koloi eo. Günter o ile a ikoma moo a reng oa hoeletsa eaba oa hopola hore bekeng eona eo litsotsi li ile tsa bolaea motho ka sethunya ha a leka ho li thibela ho utsoa. Ka mor’a ho nahana ka taba ena, Günter o ile a bona hore bophelo ba hae ke ba bohlokoa ho feta koloi, eaba o etsa qeto ea hore a khaohane le ’ona. Eitse ha bo e-sa ba fumana masholu a utsoitse mabili a mabeli le fensetere e ka pele ea koloi. Ba ile ba tlalehela mapolesa taba ena, eaba ’ona a ba eletsa ka ho re: “Tlosang koloi eo moo pele masholu ao a khutla ho tla e qetela!”
Eitse hang ha ba fumana monyetla ba ea Kampala. Empa leeto lena la lik’hilomithara tse 250 le ne le sa jese litheohelang kaha koloi e ne e se na fensetere ea ka pele, ’me Günter a ikoahetse ka kobo feela le Stanley a roetse katiba har’a lipula tse nang ka moea o fokang hasesaane. Kaha mabili a mang a ne a utsoitsoe, ba ne ba kentse lebili la sephere ’me ba alimile le leng le lutlang. Mahlomola a bona ha aa ka a fella moo, kaha ba ne ba boleletsoe hore lebili le alimiloeng le lokela ho khutlisoa pele ho feta matsatsi a mabeli! Barab’abo rōna ba ne ba tšohile hore lebili le lutlang le ka ’na la pancha.
Se ileng sa ba sulafalletsa leeto leo le ho feta ke hore Günter le Stanley ba ne ba lokela ho feta merung eo ho tummeng hore ke selao sa linokoane. Motho eo ba neng ba fihletse ha hae o ile a ba eletsa a re: “Le hle le e hate ’me le se ke la lumella koloi e ’ngoe hore e le fete.” Ho ile ha ba ha re nk’hu! ha bara bana babo rōna ba fihla Kampala ka mor’a nako e khutšoanyane ba ntse ba sireletsehile. Ha e le hantle seo se ile sa ba fa nako ea ho batla motho ea ka nkang lebili le alimiloeng ’me a le khutlisetse Mbale.
MATHATA A MACHA LE MENYETLA
Ka 1980, ha Mor’abo rōna Reschke a ne a etetse ntlo-khōlō ea lefatše lohle e Brooklyn, New York, o ile a kōptjoa hore a bolelle lelapa la Bethele se etsahalang Uganda. Ka mor’a moo, litho tsa Sehlopha se Busang li ile tsa re ho ka ba molemo hore ho boele ho romeloe baromuoa Uganda. Bohle ba ne ba lumela hore ena ke nako ea hore baromuoa ba eketsehileng ba kenye mohoma temeng. Ho ile ha boela ha khoneha hore ho tšoaroe likopano tse khōlō, ’me ka 1981 palo ea bahoeletsi ba Uganda e ne e boetse e eketsehile ’me ba se ba le 175. Ha e le hantle, ka July selemong sona seo, e ile ea e-ba thabo feela ha ho e-ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 206 Uganda.
Ntho e bohloko e ileng ea etsahala ke hore libetsa tse ileng tsa lahloa nakong ea lintoa tseo tse nkileng lilemo tse leshome li ile tsa oela matsohong a linokoane tse ngata. Batho ba ne ba thunngoa feela ’me bosholu ba liqhobane bo atile ka tsela e tšosang. Baboleli ba litaba tse molemo ba ne ba leka hore ha ba le tšimong ba be hlokolosi ha ba aba lingoliloeng tsa Bibele tse khothatsang. Ka karolelano mohoeletsi ka mong o ile a tsamaisa limakasine tse 12,5 ka July. Leha ho le joalo, joalokaha mosebetsi o mong le mong o ne o lokela ho etsoa motšehare, ho ne ho le molemo hore le bona ba sebetse tšimo motšehare kaha bosiu ba ne ba ka hlaseloa habonolo. Ho sa tsotellehe hore naha e ne e jele boea, ho ne ho se potang hore bahoeletsi ba tla eketseha.
BAROMUOA BA BOETSE BAA AMOHELOA
Jeffrey Welch le Ari Palviainen ba neng ba tsoa sekolong sa Gileade ba ile ba fihla Kampala ba tsoa Kenya ka September 1982. Bara bana babo rōna bao batho ba neng ba tloaetse hore ke Jeff le Ari, ba ile ba hla ba bona tema mosebetsing oa bona ho tloha sethathong feela. Jeff o re: “Mehleng eo batho ba ne ba labalabela ho tseba ’nete, kahoo ba ne ba thabela ho nka limakasine hobane li e-na le lihlooho tse monate.”
Ka December, ho ile ha fihla Heinz le Marianne Wertholz ba tsoang Sekolong se Seng sa Gileade se Wiesbaden, Jeremane, ba tl’o sebetsa le Jeff le Ari. Ho tloha qalong, ba ha Wertholz ba ile ba hlolloa haholo ha ba bona kamoo barab’abo rōna ba Uganda ba neng ba tsoela pele hantle kateng le hoja naha e ne e senyehile ebile e jele boea.
Heinz o re: “Litšebeletso tse ngata tsa sechaba li ne li senyehile; ho se na tsamaiso e ntle ea metsi le mokhoa oa ho fetisa melaetsa. Maemo a lipolotiki a ne a le mabe. Ka makhetlo ho ile ha e-ba le menyenyetsi ea ho ketola ’muso, ’me libakeng tse ngata mebila e ne e thibeletsoe ke masole. Ho ne ho tloaelehile hore batho ba thunngoe ’me ba nkeloe thepa ka likhoka, haholo-holo bosiu. Hang ha shoalane e tšoara, batho ba ne ba itlheka literateng. Ba ne ba sa tsoe ka matlong ba tšepile hore ba tla sireletseha, ’me hangata ba rapella hore ba se ke ba mpa ba pateloa bosiu.”
Sam Waiswa o ile a re Heinz le Marianne ba tl’o lula le lelapa la hae ha ba ntse ba batla ntlo eo ba ka e etsang lehae la baromuoa. Le hoja Sam e ne e le tichere, o ne a hula ka thata licheleteng ka lebaka la maemo a moruo ka har’a naha, kahoo, e bile taba e tsotehang ha a ba amohela ka mofuthu lapeng la hae.
Heinz o re: “Ho ne ho le thata ho fumana ntlo sebakeng se sireletsehileng, kahoo re ile ra qeta likhoeli tse hlano re lula ha Sam. Re ile ra tloaelana haholo. Ka linako tse ling lelapa la hae le leholo le ne le e-ja hang feela ka letsatsi, empa le ne le lula le thabile; bana ba ne ba mamela batho ba baholo ba bile ba ba hlompha. Kaha lipompo tsa metsi a tlang motseng li ne li sa sebetse hantle, bana ba hae ba ne ba kha metsi ka likupu tse khōlō ebe ba li roala hloohong. Kamehla ha re tsoa tšebeletsong, re ne re hlapa ka metsi a hloekileng. Empa le rōna re ile ra ithuta ho a baballa. Ka mohlala, re ne re hlapa ka metsi a seng makae, ebe ha re a qhale e le hore re ka a sebelisa ntloaneng ea metsi.”
Ka April 1983, e leng lilemo tse ka bang leshome ka mor’a hore baromuoa ba pele ba lelekoe Uganda, baromuoa bana ba bacha ba ile ba fumana ntlo sebakeng se batlang se sireletsehile. Ho ne ho e-na le mathata a mangata kaha libakeng tse ngata ho ne ho sa sireletseha ho bile ho e-na le leqeme la lintho tse hlokahalang, empa ba ne ba tšelisoa ke lerato la barab’abo bona ba Uganda.
Marianne o re: “Ka linako tsohle re ne re thabela ho bolella batho litaba tse molemo. Ba ne ba rata bolumeli, ’me ba bangata ba e-na le Bibele, ’me ba thabela ho qoqa. Ho ne ho le bonolo ho bua le bona ebile ba ne ba hlompha. Ho sa tsotellehe hore ba ne ba e-na le mathata a moruo le a mang, ba ne ba lula ba thabile ba bile ba bobotheha.”
MAQHEKU A LABALABELA HO ETSA HO EKETSEHILENG
Maqheku a hlomphuoa haholo Uganda, ’me a mangata a amohetse litaba tse molemo a ba a sebeletsa Jehova botsofaling ba ’ona. Ka mohlala, Paulo Mukasa eo e kileng ea e-ba tichere o ithutile ’nete a le lilemo li 89. Kaha bophelong ba hae Paulo o bone lintoa tse peli tsa lefatše, puso ea bo-ralikolone, puso ea mohatelli ea sehlōhō le meferefere e meng ea lipolotiki, o ne a labalabela ho ithuta ka ’Muso oa Molimo. O ile a thaba ha a ithuta hore Morena eo e leng Mesia, Jesu Kreste, ‘o tla lopolla ea futsanehileng le ea hlorileng khatellong le pefong.’—Pes. 72:12, 14.
Lilemo tse peli hamorao ha Paulo a tšoaneleha hore a kolobetsoe, barab’abo rōna ba ne ba ipotsa hore na ba tla hle ba khone ho qoelisa motho ea hōlileng hakaalo. Empa ba ne ba sa lokela ho tšoenyeha, hobane eitse ha mocha e mong a ntse a likalika a tšaba ho kena ka metsing, eaba Paulo ea neng a se a le lilemo li 91 oa kolobetsoa ’me a tsoa ka metsing a bobotheha. Le hoja Paulo a ne a se a fokolloa ke matla a ho ba tšebeletsong, o ne a chesehela ho bolella bohle ba mo etelang litaba tse molemo tsa ’Muso. Ke sona seo a ileng a se etsa ho fihlela lefung la hae lilemong tse seng kae hamorao.
E mong oa batho ba neng ba tsofetse ba bile ba fokolloa ke bophelo ke Lovinca Nakayima. O ne a ruruhile maoto hoo a neng a sa khone ho ikisa kae kapa kae. Leha ho le joalo, ha phutheho e khothalletsoa ho nka bopula-maliboho bo thusang ka khoeli e le ’ngoe nakong ea Sehopotso, Lovinca o ile a batla ho bo leka. Phutheho e ile ea mo thusa ho bula maliboho ka hore ba bang ba tle le batho ba thahasellang ha hae ho tla ba khannela lithuto tsa Bibele. Baromuoa le bona ba ile ba mo ruta ho pakela batho ba lulang metseng e meng ka ho ba ngolla mangolo, ’me o ne a etsa sena ha nako e mo lumella. Joale ka Meqebelo, moholo e mong o ne a isa Lovinca sebakeng se phetheselang Kampala, moo a neng a ka khona ho lula fatše hamonate letsatsi lohle, ebe o pakela ba fetang ka tsela. Ha khoeli e fela Lovinca o ne a thabile a bile a khotsofetse, ’me o ile a re, “Joale kea bona hore nka khona ho bula maliboho ka ba ka thabela tšebeletso eo!” Ha ea ka ea e-ba pula-maliboho ea thusang ka khoeli e le ’ngoe feela, empa phutheho e ile ea mo thusa ka lerato hore a qete likhoeli tse latelang tse 11 e le pula-maliboho!
“KA SELUNGANDA, KE RE’NG HA KE BATLA HO RE . . . ?”
Ka bo-1980, bahoeletsi ba Uganda ba sebetsang ka thata ba ile ba amohela ka mofuthu baromuoa ba chesehelang mosebetsi ba ntseng ba kena ka bongata ka har’a naha. Ba bang ba ne ba sa tsoa fumana mangolo a bona Gileade, ’me ba bang ba ile ba tlameha ho tloha likabelong tsa bona Zaire (eo hona joale e leng Democratic Republic of the Congo). Kaha baromuoa ba ne ba kena ka bongata Kampala le Jinja, ba ile ba khona ho etsa mosebetsi o tsoileng matsoho tšimong ena e nang le baahi ba bangata, ’me baromuoa ba ile ba thaba ha ba bona hore tšimo ea Uganda e loketse kotulo. Ha e le hantle, bothata ba bona e ne e se feela ho fumana batho ba thahasellang, empa e ne e boetse e le ho ba thusa ho ithuta ’nete.
Mats Holmkvist ea neng a sa tsoa koetlisoa Gileade o ne a labalabela ho tseba Seluganda e le hore a thuse batho ba thahasellang ho ithuta ’nete. Nakong ena, Fred Nyende e ne e le pula-maliboho ea khethehileng Entebbe, ’me o ile a sebelisa hamolemo tsebo ea hae ea ho fetolela le ho toloka hore a thuse baromuoa ba bacha hore ba bue Seluganda se utloahalang, e leng puo eo ho neng ho batla ho nyolosetsa ho ithuta eona. Ha e le hantle, ho Mats ho ne ho le boima ho ithuta puo ena e ncha.
Ha Mats a ne a qala ho ithuta Selunganda o ile a botsa potso ena: “Ka Selunganda, ke re’ng ha ke batla ho re ‘’Muso oa Molimo?’”
Ha Fred a mo araba o ile a thatoloha feela a re: “Obwakabaka bwa Katonda.”
Mats o ile a re ka pelong, ‘Ke hlōtsoe!’ a ba a ikoahlaela hore ebe o ile a botsa. Leha ho le joalo, Mats o ile a tsoela pele ka tsela e hlollang ’me a tseba Seluganda hantle.
MOSEBETSI OA KOTULO OA ATLEHA
Le hoja batho ba Uganda ba ile ba feta mathateng lilemong tsa bo-1980, tsela eo ba ileng ba amohela ’nete ea Bibele ka eona e ne e tsoteha. Palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ka sekhahla ka liphesente tse fetang 130—e leng ho tloha ho bahoeletsi ba 328 ka 1986 ho ea ho ba 766 ka 1990. Lihlopha tse ncha li ne li thehoa li sa tsoa thehoa naheng ka bophara. Palo ea liphutheho tsa Kampala e ile ea imena habeli. Bahoeletsi ba phutheho ea Jinja ba ile ba thabela ho bona palo ea bona e imena ka makhetlo a fetang a mararo, ’me ho e-s’o ee kae, sehlopha sa Iganga e ile ea e-ba phutheho e ikemetseng.
Moholo e mong oa Jinja o re: “Palo ea bahoeletsi e ne e eketseha ka lebelo le tšabehang hoo re neng re hloletsoe ha re bona bahoeletsi ba bangata hakaalo ba bacha. Ho ile ha feta nako e itseng re hlahloba batho ba batlang ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang hoo e batlang e le Sontaha se seng le se seng.”
HO KOTULA TŠIMO E KHŌLŌ
Lebaka le leng le ileng la etsa hore ho be le khōlo e tsotehang ke hore barab’abo rōna ba ne ba e-na le moea o ikhethang oa bopula-maliboho. Joaloka baboleli ba litaba tse molemo ba lekholong la pele la lilemo e leng Pauluse, Silase le Timothea, bahlanka ba nako e tletseng ba Uganda ba ile ba ‘inehela e le mohlala o lokelang ho etsisoa.’ (2 Bathes. 3:9) Bahoeletsi ba bangata ba chesehang ba ile ba tsoha molota ’me ba khatha tema e eketsehileng tšebeletsong kaha ho ne ho hlokahala baboleli ba eketsehileng tšimong ebile ba bone mohlala o motle oa bara bao babo rōna. Ba baholo le ba banyenyane, masoha le ba lenyalong, banna le basali esita le ba bang ba nang le boikarabelo ba lelapa ba ile ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa bopula-maliboho. Ka kakaretso, bahoeletsi ba fetang liphesente tse 25 ba ile ba nka bopula-maliboho bofelong ba lilemo tsa bo-1980. Ba bang ba ile ba tsoela pele ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ho tla fihlela kajeno.
Bo-pula-maliboho bana ba ne ba le mafolofolo ha ba tšehetsa matšolo a khethehileng a neng a etsoa selemo le selemo ao ha a reneketsoa ho neng ho thoe ke matšolo a ho ea Macedonia. (Lik. 16:9, 10) Matšolo ana a ’nile a tsoela pele ho theosa le lilemo. Liphutheho li nka likhoeli tse tharo li bolela litaba tse molemo tšimong e sa abuoang kapa e sa sebetsoeng kamehla. Ho feta moo, bo-pula-maliboho ba bang ba kamehla e ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ’me ba isoa tšimong eo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng ho eona. Sena se entse hore bahoeletsi ba tsohe molota. Batho ba bangata ba thahasellang ba ananela matšolo ana a entseng hore ba tsebe ’nete, ’me ho thehiloe lihlopha tse ncha tse ngata le liphutheho.
Baromuoa ba babeli e leng Peter Abramow le Michael Reiss ba ile ba tsoa letšolo ho ea bolela litaba tse molemo Kabale moo ba ileng ba kopana le Margaret Tofayo, ea neng a kile a ithuta Bibele. O ne a kholisehile hore seo a ithutileng sona ke ’nete ’me neng le neng ha a fumana monyetla o ne a bolella ba bang seo a se lumelang. Baromuoa bana ba ne ba batla ho mo thusa ka hohle kamoo ba ka khonang, kahoo ba ile ba mo fa buka ea bona ea ho qetela ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Ha ba mo etela ka lekhetlo la ho qetela pele ba khutlela morao, ba ile ba makala ha ba fumana hore o ba phehetse lijo tse khethehileng. Ke ’nete hore ba ne ba ananela mosa oa hae le moea oa hae oa ho fana ka seatla se bulehileng empa ba ile ba ikutloa ba le basesaane ha ba lemoha hore o ba hlabetse khōhō ea hae e le ’ngoe to! ka monoana. Ba ne ba tseba hore mahe a khōhō eo a ne a eketsa lijelello tsa lelapa leo tse fokolang. O ile a re: “Le se ke la tšoenyeha, seo ke le etselitseng sona hase letho ha se bapisoa le seo le nketselitseng sona.” Hamorao o ile a kolobetsoa ’me a tsoela pele e le mohoeletsi ea chesehang ho fihlela lefung.
Lebaka le leng le ileng la etsa hore lenane la bahoeletsi le eketsehe ka potlako ke tsela eo ka eona barab’abo rōna ba neng ba sebelisa lingoliloeng tsa rōna tse babatsehang. Mats eo re seng re buile ka eena o re: “Le hoja re leka ho chorisa tsebo ea rōna ea ho ruta batho, ke Bibele le lingoliloeng tsa mokhatlo tse susumetsang batho hore ba fetole tsela eo ba phelang ka eona. Esita le batho ba sa tsebeng ho bala hantle ba nyoretsoeng ’nete ba ka susumetsoa ke libukana tsa rōna tse tsoelang batho molemo.”
HO HLŌLA LITŠITISO
Le hoja mosebetsi o ne o tsoela pele hantle bofelong ba lilemo tsa bo-1980, ho ile ha ’na ha e-ba le litšitiso mona le mane. Masole a ile a boela a ketola ’muso ka July 1985. Naha ea boela ea e-ja boea ’me ntoa ea likhukhuni ea ipha matla. Masole a balehang a ile a etsa feko, a utsoa thepa a bile a thunya batho feela. Ho ile ha feta nako e itseng ntoa ena e ntse e kupa haufi le moo baromuoa ba neng ba lula teng Jinja. Ka letsatsi le leng masole a ile a futuhela lehae la barumuoa, empa eare ha a bona hore ke baromuoa ba lulang moo, ha aa ka a senya letho, a mpa a nka lintho tse seng kae feela. Eaba ka January 1986, ho busa ’muso o mong ’me oa leka ho busetsa lintho malulong ka har’a naha.
Ho e-s’o ee kae ’muso o mocha o ile oa tobana le sera se sithabetsang, e leng lefu le lecha la AIDS. Ha le qala ho hlasela ka bo-1980, Uganda ke e ’ngoe ea linaha tseo baahi ba tsona ba ileng ba tšoaroa ke lefu lena ka bongata. Ho hakanngoa hore batho ba milione ba ile ba shoa, e leng batho bao ho ka etsahalang hore ba feta ba shoeleng merusung ea lipolotiki le ntoeng ea lehae e nkileng lilemo tse 15. Lefu lee le ile la ama barab’abo rōna joang?
Washington Ssentongo eo e neng e le pula-maliboho oa kamehla o re: “Bara le barali babo rōna ba bang, ba ile ba kena ka phuthehong ba le mahlahahlaha ba bile ba le matla, empa ha nako e ntse e ea, ba bolaoa ke AIDS. Ba ne ba tšoaelitsoe kokoana-hloko ea HIV pele ba ithuta ’nete.” Ba bang ba ne ba tšoaelitsoe ke balekane ba bona ba sa lumelang.
Washington o re: “Ka linako tse ling ho ne ho bonahala eka khoeli le khoeli re fumana pehi ea lefu la motho eo re mo tsebang eo re bileng re mo ratang, ’me e mong le e mong o ne a hlokahalloa ke litho tsa lelapa. Hape ho ne ho tletse litumela-khoela ka lefu la AIDS. Batho ba bangata ba ne ba lumela hore motho eo e mo tšoereng o loiloe kapa o na le sekhobo. Maikutlo ana a fosahetseng a ne a tšosa batho ’me a etsa hore ba khethollane ntle ho mabaka, a ba sitisa ho nahana ka tsela e nepahetseng.” Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba ne ba khomarelana ’me ba khothatsana ka tšepo ea tsoho le ho kholisana hore ba ratana ka lerato la ’nete la Bokreste.
Ho ella qetellong ea bo-1980 batho ba ile ba tlala tšepo Uganda. Lintho li ile tsa boela malulong litabeng tsa tšireletseho ’me moruo oa boela oa ntlafala. Mehaho le litsela li ile tsa lokisoa, ’me litšebeletso tsa sechaba tsa ntlafatsoa.
Leha ho le joalo, ha batho ba bangata ba ntse ba ikakhela ka setotsoana lipolotiking, ka linako tse ling ba boholong ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa kene lipolotiking. Ka nako e ’ngoe ba boholong ba ile ba emisa kaho ea Holo ea ’Muso ka tšohanyetso. Ba ne ba hanela barab’abo rōna ho tšoara likopano tse ling, ’me baromuoa ba bang ba ile ba tlameha ho tsamaea ha nako eo ba lumeletsoeng ho lula ka har’a naha ka eona e fela. Qetellong ea 1991, ho ne ho se ho setse barab’abo rōna ba babeli feela ba baromuoa. Bothata boo bo ne bo ka rarolloa joang?
Qetellong sehlopha sa barab’abo rōna se ile sa kopana le ba boholong ho ea ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha re sa kene lipolotiking. Eitse hang ha ba boholong ba utloisisa boemo ba rōna, baromuoa ba lumelloa ho khutlela Uganda. Mosebetsi o ile oa tsoela pele ntle ho tšitiso, ’me ka 1993, ha e-ba le thabo e khōlō Uganda ha bahoeletsi ba 1 000 ba tlaleha mosebetsi oa bona. Eaba ka mor’a lilemo tse hlano feela palo ea baboleli ba ’Muso e ba 2 000. Kajeno ho na le baromuoa ba ka bang 40 ba etsang mosebetsi o motle ho pholletsa le naha eo.
PHETOLELO E AKOFISA MOSEBETSI OA KOTULO
Senyesemane ke puo e sebelisoang hohle Uganda. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba bua Seluganda, ’me ho na le lipuo tse ling tse fetang 30 tse buuoang ke merabe e meng e sa tšoaneng. Kahoo, lebaka le ka sehloohong le entseng hore palo ea bahoeletsi e eketsehe ka sekhahla lilemong tsa morao tjena ke hore mosebetsi oa ho fetolela o ile oa ntlafatsoa.
Fred Nyende o re: “Ke ’nete hore ’Mè e ne e le Paki e tšepahalang, empa o ne a thabela liboka le ho feta ha ke fetolela lihlooho tse ithutoang tsa Senyesemane ka Seluganda. Ke ne ke sa tsebe hore ka ho etsa joalo ke ikoetlisetsa mosebetsi o moholoanyane oa ho fetolela.” Fred o ne a bolela’ng?
Nakoana ka mor’a hore Fred a qale ho bula maliboho ka 1984, o ile a kōptjoa hore a rute baromuoa Selunganda. Selemong se latelang e ile ea e-ba e mong oa bafetoleli ba Seluganda. Qalong, eena le moifo oa habo oa bafetoleli ba ne ba sebeletsa malapeng ha ba fumana nako. Hamorao, sehlopha sohle se ile sa kopana ’me sa etsa mosebetsi ona oa phetolelo letsatsi le letsatsi se sebeletsa kamoreng e hokahantsoeng le lehae la baromuoa. Ho thahasellisang ke hore nakong ea ha mosebetsi o ntse o thibetsoe bohareng ba lilemo tsa bo-1970, Melula-Qhooa e meng e ne e ntse e fetoleloa ka Seluganda ebe ho etsoa likopi tse ngata tsa eona. Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng mosebetsi ona o ile oa khaotsa. Ka 1987 Molula-Qhooa o ile oa boela oa hatisoa ka Seluganda. Ho tloha ka nako eo, sehlopha sa bafetoleli se ’nile sa eketseha, ’me bafetoleli ba ikitlaelletsa ho fetolela lingoliloeng tse ngata molemong oa liphutheho tse ntseng li eketseha tsa Seluganda. Hona joale, hoo e ka bang halofo ea liphutheho tsohle tsa Uganda ke tsa Seluganda.
Ka mor’a nako lingoliloeng tsa rōna li ile tsa fetoleloa ka lipuo tse ling. Hona joale ho na le lihlopha tse fetolelang Seacholi, Selhukonzo le Serunyankore. Ho feta moo, ho fetoletsoe lingoliloeng tse itseng ka Seateso, Selugbara, Semadi le Serutoro.
Bafetoleli ba Seacholi ba sebeletsa ofising ea phetolelo e Gulu ha ba Serunyankore ba sebeletsa ofising e Mbarara, e leng moo lipuo tsena li buuoang haholo teng. Sena se thusa bafetoleli hore ba se ke ba lebala puo ea habo bona empa ba fetolele lingoliloeng tseo ho leng bonolo ho li utloisisa. Ka nako e tšoanang, bafetoleli ba tšehetsa liphutheho tse haufi le moo ba sebeletsang teng.
Ha ho potang hore ho etsa mosebetsi oa phetolelo ho hloka boikitlaetso le chelete e ngata. Bafetoleli ba Mauganda ba sebetsang ka thata, hammoho le bafetoleli bohle lefatšeng ka bophara ba ruile molemo thupelong e ntlafalitsoeng e ba thusang ho utloisisa Senyesemane le e ba fang malebela mosebetsing oa phetolelo. Boiteko boo ha ea ka ea e-ba ba lefeela ebile ha hoa bapaloa ka chelete hobane hona joale batho ba bangata ba Uganda, ba tsoang ‘melokong, bathong le malemeng’ a sa tšoaneng, ba se ba rua molemo ha ba bala linnete tsa Bibele ka lipuo tsa habo bona. (Tšen. 7:9, 10) Ka lebaka leo, ka 2003 ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba fetang 3 000 Uganda, ’me ka mor’a lilemo tse tharo feela, ka 2006, ba ne ba le 4 005.
LIBAKA TSA BORAPELI LI LOKELA HO EKETSOA
Lilemong tsa pele barab’abo rōna ba ne ba tšoarela liboka malapeng, mehahong ea sechaba le likolong. Mehaho ea pele ea liboka tsa Bokreste feela motseng oa Namaingo le oa Rusese e ne e le matlo a makote a ruletsoeng ka joang. Ho ile ha hlaka hore boikemisetso le boiteko ba barab’abo rōna metseng ena e ’meli bo hlohonolofalitsoe, ’me ho ile ha thehoa liphutheho tse matla.
Leha ho le joalo, ho haha mohaho o itekanetseng litoropong ho bitsa chelete e ngata haholo, ’me ho ne ho bonahala ho ke ke ha khoneha hore barab’abo rōna ba hahe Liholo Tsa ’Muso ka lebaka la maemo a moruo Uganda. Ka March 1988 ho ile ha neheloa Holo ea pele ea ’Muso Jinja. Barab’abo rōna ba ile ba sebetsa ka thata ha ba haha Holo eo—ba rema lifate morung o haufi ba ba ba li thotha ka literaka litseleng tse seretse! Hamorao barab’abo rōna ba Mbale, Kampala le Tororo ba nang le boiphihlelo ba ile ba ikahela Liholo Tsa ’Muso.
Mosebetsi oa ho haha Liholo Tsa ’Muso o ile oa ipha matla ka 1999 ha ho thehoa sehlopha se hahang Liholo Tsa ’Muso se tšehelitsoeng ke Ofisi ea Boenjiniere ea Lebatooa lekaleng la Afrika Boroa. Lekala leo le ile la khetha basebetsi ba robong ba akhang basebeletsi ba babeli ba machaba le basali ba bona. Basebetsi bana ba mafolofolo ba ile ba ithuta mosebetsi ka potlako ba ba ba khona ho koetlisa barab’abo rōna ba Uganda. Mosebetsi o ile oa tsoela pele ka potlako ’me ha phethoa liholo tse 67; holo ka ’ngoe e ne e hahoa ka nako e ka etsang khoeli le halofo—e leng nako e khutšoanyane ka tsela e hlollang hobane lithulusi tsa motlakase li ne li haella, hangata ho se na metsi, ’me thepa ea mohaho e sa fumanehe habonolo.
Kajeno liphutheho tse ngata tsa Uganda li tšoarela liboka Liholong tsa tsona Tsa ’Muso, ’me li una molemo oa ho ba le liholo metseng ea habo tsona. Hangata batho ba thahasellang ba thabela ho ea libokeng tse tšoareloang sebakeng sa borapeli ho e-na le tse tšoareloang sekolong, kahoo palo ea ba bang teng libokeng e eketsehile haholo ’me liphutheho li eketseha ka potlako.
SE ILENG SA ETSOA HA MOSEBETSI O EKETSEHA KA SEKHAHLA
Leha ho le joalo, ho hōla ha liphutheho ka tsela e sa tloaelehang ho ile ha etsa hore ho be thata ho fumana libaka tsa ho tšoarela likopano tse khōlō le tse nyenyane. Ho ne ho ka etsoa’ng hore ho fumanoe libaka tse loketseng e le hore barab’abo rōna, haholo-holo ba mahaeng, ba se ke ba nka maeto a malelele ha ba ea likopanong? Ho ile ha rarolloa bothata bona ka tsela e molemo ha barab’abo rōna ba lumelloa ho haha Liholo Tsa ’Muso tse neng li ka khona ho atolosoa. Tsena ke liholo tse boholo bo tloaelehileng, tse etselitsoeng foranta e khōlō. Ha ho buloa lebota le ka morao la Holo ea ’Muso e le hore ho tšoaroe kopano, batho ba bangata ba ka lula foranteng. Ho se ho e-na le liholo tsa mofuta oo Kajansi, Rusese le Lira, ’me ho ntse ho hahoa ea bone Seta.
Kaha Jehova o ne a hlohonolofatsa keketseho ea mosebetsi oa ’Muso Uganda, ho ile ha hlokahala hore ho etsoe liphetoho tseleng eo lintho li hlophisoang ka eona. Pele ho 1994, naha eo e ne e e-na le potoloho e le ’ngoe feela. Hamorao ho ile ha thehoa lipotoloho tse eketsehileng ka lebaka la liphutheho le lihlopha tse ntseng li eketseha le lipuo tse sa tšoaneng. Kajeno Uganda e na le liphutheho tse 111 le lihlopha tse ka bang 50, lipotoloho tse robeli, tseo tse tharo ho tsona e leng tsa Seluganda.
Apollo Mukasa ke e mong oa balebeli ba potoloho ba Uganda. O kolobelitsoe ka 1972 ’me ka 1980 a kenela tšebeletso ea nako e tletseng ho e-na le ho ea sekolong sa thuto e phahameng. Na oa ikoahlaea?
Apollo o re: “Le hanyenyane! Ke hlohonolofalitsoe haholo ha ke ntse ke le tšebeletsong ea bopula-maliboho bo khethehileng leha ke etela liphutheho ke le molebeli ea tsamaeang, le mehleng ea pele ha ke ne ke etela lihlopha. Ka ho khetheha ke ile ka thabela koetliso e ntlafalitsoeng litabeng tsa borapeli le tsa tlhophiso Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.”
Ntle le Apollo, ho na le barab’abo rōna ba fetang 50 ba Uganda ba ’nileng ba fumana thupelo ea bohlokoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ho tloha ka 1994, ha sekolo sena se ne se buloa lekaleng la Kenya. Boholo ba bara bana babo rōna ba baithaopi ba phetha mosebetsi oa bohlokoa oa ho thusa liphutheho tse nyenyane le lihlopha e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ha ba bang ba sebeletsa bara le barali babo bona e le balebeli ba tsamaeang.
Ka 1995 ho ile ha khethoa Komiti ea Naha Uganda e neng e tsamaisoa ke lekala la Kenya. Lehaeng le leng la baromuoa la Kampala ho ile ha lula lelapa le lecha la baithaopi ba nako e tletseng ba robeli ba neng ba akarelletsa bafetoleli ba Seluganda. Ka September 2003, Uganda e ile ea e-ba lekala.
“JOALE RE FIHLILE PARADEISENG”
Ho fetile nako e itseng Komiti ea Naha e ntse e leka ho hlokomela lihlopha tsa phetolelo tse neng li ntse li eketseha le mesebetsi e meng e mengata e lokelang ho etsoa liofising. E le hore ho sebetsanoe le boemo bona, ho ile ha rekoa mehaho e ’meli e haufi le ofisi ea Kampala. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea ho ile ha bonahala hore ho hlokahala mehaho e meholo molemong oa ha ho e-ba le keketseho. Kahoo, ka 2001 Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho rekoe setša sa lihekthere tse ’nè haufi le lebōpo la Letša la Victoria, mathōkong a Kampala, e le hore ho ka hahoa ofisi e ncha ea lekala.
Qalong, k’hamphani e nang le lisebelisoa tse hlokahalang tsa ho haha e ile ea qhelela ka thōko kōpo ea rōna hobane e ne e e-na le mosebetsi o mongata haholo. Empa mantsoe a reng ho robala ke ho fetoha a ile a phethahala tabeng ena, ’me se hlollang ke hore ha ba se ba boea sekoele, ba ile ba re ba ka re hahela lekala le lecha ka chelete e tlaase ka ho fetisisa. K’hamphani ena e ne e saenne konteraka e tōma ea ho hahela batho ba bang, empa ho bonahala e ile ea nyopa ka tšohanyetso, e leng se ileng sa etsa hore ba lumele ho re hahela lekala kapele kamoo ho ka khonehang kateng.
Ka January 2006, e ne e le menyakoe feela ha lelapa la Bethele le se le fallela mohahong o motle oa bolulo oa mekato e ’meli. Mohaho ona o mocha o na le likamore tse 32. Mehaho ea Bethele e na le liofisi, holo e khōlō eo ho jelloang ho eona, kichine le moo ho hlatsoetsoang teng. Setšeng sena ho boetse ho na le tsamaiso ea likhoerekhoere e baballang tikoloho, moo ho pakoang thepa ea lefapha la thomello le la lingoliloeng, mehaho eo batho ba lokisang thepa ea Bethele ba sebeletsang ho eona, litanka tsa metsi hammoho le jenereithara ea motlakase. Mor’abo rōna e mong ea neng a nyakaletse o ile a re: “Joale re paradeiseng, re itlhokela feela bophelo bo sa feleng!” Moqebelong oa la 20 January, 2007, Mor’abo rōna Anthony Morris, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo e nehelang lekala lena.
TSEBO EA ’NETE E BA NGATA
Lilemong tse mashome tse sa tsoa feta, batho ba Jehova Uganda ba ithutile hore na ho joang ‘ho bolela lentsoe nakong e tšoanelang le nakong e likhathatso,’ hobane ka linako tse ling ho ne ho e-ba le meferefere, ’me ho boele ho be le khutso. (2 Tim. 4:2) Ka 2008 bahoeletsi ba 4 766 ba ile ba thabela ho khanna lithuto tsa Bibele tse 11 564 le hore ebe batho ba 16 644 ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Lipalo tsena, hammoho le taba ea hore mohoeletsi a le mong o lokela ho pakela batho ba 6 276, li bontša hore masimo a sa ntse “a soeufetse bakeng sa kotulo.”—Joh. 4:35.
Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba Uganda ba ithutile habohloko hore maemo a ka fetoha ka ho panya ha leihlo ’me tumelo ea rōna ea lekoa ka tšohanyetso. Maemo ao ba fetileng ho ’ona a ba rutile ho tšepa Jehova esita le ho tšepa tataiso ea Lentsoe la hae le ho itšetleha ka mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara.
Moprofeta Daniele ea tšepahalang o ne a se a tsofetse ha lengeloi le re ho eena, ‘nakong ea bofelo, tsebo ea ’nete e tla ba ngata.’ (Dan. 12:4) Kaha Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi Uganda, ka sebele tsebo ea ’nete e se e le ngata. Ha ho pelaelo hore sebakeng sena seo mohloli oa Nōka e khōlō ea Nile o leng ho sona, metsi a ’nete a mangata a tla ’ne a tšikhunye ’me a kholise batho bohle ba nyoretsoeng ’nete ea Lentsoe la Molimo. Ha Jehova a ntse a tsoela pele ho hlohonolofatsa mosebetsi lefatšeng lohle, re labalabela nako eo ka eona bohle ba tla rorisa Jehova ka matla ba momahane—ebile e le ka ho sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pale ea bophelo ea Frank Smith e hlaha Molula-Qhooeng oa August 1, 1995, leqepheng la 20-24. Ntate oa Frank, e leng Frank W. Smith, hammoho le rangoane le ’mangoane oa hae, Gray le Olga Smith, ba bile har’a sehlopha sa pele sa batho ba ileng ba bolela litaba tse molemo Afrika-Bochabela. Ntate oa Frank o ile a bolaoa ke malaria ha a khutlela hae Cape Town, likhoeli tse peli pele Frank a hlaha.
b E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 84]
‘Ho hang ho ne ho sa tloaeleha ho utloa lentsoe la Moamerika le la Moscottish seea-le-moeeng sa Maafrika’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 92]
“Ba ka thibela ntho e ka pelong ea ka joang?”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 111]
“Ka Selunganda, ke re’ng ha ke batla ho re ‘’Muso oa Molimo?’” “Obwakabaka bwa Katonda”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 72]
Tlhaloso e Khutšoanyane ea Uganda
Naha
Uganda ke naha e nang le libaka tse sa tšoaneng tse hlollang; meru e teteaneng e metalana, masabasaba, linōka le matša a mangata, le Mokoloko oa Lithaba Tsa Ruwenzori tse hlollang, tseo tlhōrō ea tsona e lulang e e-na le leqhoa. E boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 241 551 ’me e nkile halofo ea Letša la Victoria, e leng letša le leholo ka ho fetisisa Afrika.
Batho
Boholo ba baahi ba Uganda bo lula mahaeng, ’me ke batho ba merabe e fetang 30.
Puo
Lipuong tse 32 tsa Uganda, puo e buuoang ke batho ba bangata ke Seluganda. Lipuo tse sebelisoang haholo linthong tsa molao ke Senyesemane le Seswahili.
Mokhoa oa boipheliso
Uganda ke naha ea temo, ’me ho lengoa kofi, tee, k’hothone, le lijalo tse ling tse rekisoang. Mauganda a mangata ke balemi ba iphelisang ka lijo tseo ba itemetseng tsona, ’me ba bang ba iphelisa ka ho tšoasa litlhapi kapa ka bohahlauli.
Lijo
Sejo se phehoang ka metsi se bitsoang matooke (a setšoantšong), se etsoa ka banana e phehoang ’me se ratoa haholo karolong e ka boroa ea naha. Lijo tse phehoang ka phofo ea poone, lipatata le bohobe bo entsoeng ka nyalothe kapa phofo ea cassava, li jelelloa ka meroho ea mefuta-futa.
Boemo ba mohatsela le mocheso
Uganda e lutse sebakeng se phahameng, ka boroa e bophahamo ba limithara tse ka bang 1 500 ’me ka leboea e bophahamo ba limithara tse ka bang 900. Ke naha e ratoang ke lipula ’me boemo ba eona ba leholimo bo itekanetse. Libakeng tse ngata ho ba le linako tsa komello le tsa lipula tse ngata.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 77]
Lerato la ’Nete la Bakreste le Susumetsa Lipelo Tsa Batho
PETER GYABI
O HLAHILE KA 1932
O KOLOBELITSOE KA 1965
PALE EA BOPHELO BA HAE Ke moholo ea ileng a kenya letsoho ha ho fetoleloa lingoliloeng nakong eo mosebetsi o neng o thibetsoe. Eena le mofumahali oa hae, Esther ba na le bana ba bane ba seng ba hōlile.
◼ HA BAROMUOA ba pele ba Lipaki Tsa Jehova ba fihla Uganda, khethollo ea morabe e ne e jele setsi naheng eo, etsoe batho ba bangata ba basoeu ba ne ba ikhetha ho batho ba batšo. Lerato la ’nete la Bakreste leo baromuoa ba ileng ba re bontša lona le ile la ama lipelo tsa rōna hoo re ileng ra ba rata haholo.
Ka bo-1970 lelapa la rōna le ile la tloaelana le baromuoa ba neng ba lula Mbarara e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 65, ’me re ne re bolela litaba tse molemo le bona. Ka letsatsi le leng masole a ile a emisa koloi ea rōna ha re ba chakela. Lesole le leng le ile la re: “Ha ke ne ke le lōna ke ne ke tla khutla, kaha ho hobe pele moo le eang teng.” Re ile ra bona ho le molemo hore re khutlele lapeng. Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a itseng, ra qala ho tšoenyeha haholo ka baromuoa. Re ne re batla ho ea lehaeng la baromuoa hang ha monyetla o hlaha e le hore re bone hore na ba ntse ba e-ea joang. Boholo ba batho bo ne bo sa lumelloa ho kena sebakeng seo, empa ke ile ka khona ho feta moo masole a neng a thibeletse teng kaha ke ne ke le motho oa maemo sepetlele ebile koloi ea ka e e-na le setikara sa sepetlele. Ho ile ha ba ha re kokololo! ha re fumana baromuoa ba sireletsehile. Re ile ra ba fa lijo tse eketsehileng ra ba ra qeta matsatsi a ’maloa re lula le bona. Ka mor’a moo re ne re ba chakela beke le beke ho fihlela ba tsamaea ba sireletsehile ha ba e-ea Kampala. E ne e re ha mathata a ntse a e-hloa manolo holimo, ebe lerato le re kopanyang joaloka bara ba motho le ba matla le ho feta.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 82]
‘Ke ne ke Ipotsa Hore na ke Tla Re’ng’
MARGARET NYENDE
O HLAHILE KA 1926
O KOLOBELITSOE KA 1962
PALE EA BOPHELO BA HAE Ke eena morali’abo rōna oa pele oa Mouganda ea ileng a amohela ’nete. E bile pula-maliboho oa kamehla ka lilemo tse fetang 20. E sa ntse e le mohoeletsi ea mafolofolo.
◼ MONNA oa ka o ile a ithuta Bibele le Mor’abo rōna Kilminster ’me o ne a rata seo a ithutang sona, ke kahoo a ileng a ba le maikutlo a hore le ’na ke ithute hobane ke rata Bibele haholo. Kahoo ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore ke ithute le Eunice, mohats’a John Bwali.
Ke ne ke rata seo ke ithutang sona, empa ke tšaba ho bolela litaba tse molemo. Ke ne ke le motho ea lihlong kahoo ke ipotsa hore na ke tla re’ng ha ke bua le batho. Empa Eunice o ile a ’mamella; qalong o ne a re ke bale lengolo le le leng feela, ’me ha re e-tsoa ntlong eo re lebile ho e ’ngoe, a nthuta tsela ea ho hlalosa lengolo leo. Jehova o ile a nthusa hore lihlong tsa ka li fele.
Nakoana pele ke kolobetsoa, ke ile ka seleballoa ha monna oa ka a lahla ’nete ’me a ntšiea le bana ba supileng. Leha ho le joalo, ke tsota tsela eo bara le barali babo rōna ba ileng ba nthusa ka eona ka lintho tseo ’na le bana ba ka re neng re li hloka borapeling ba Jehova le tsa ho iphelisa. Banyalani ba bang ba tsoang ka ntle ho naha, ba neng ba ea libokeng Kampala, ba ne ba re lata lapeng ka koloi ea bona. Ke leboha Jehova haholo hore ebe bana ba ka ba bane le malapa a bona ba ikhethetse ho mo sebeletsa.
Qetellong ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla. Ha lefu la ramatiki le ntšitisa ho tsamaea, ke ne ke beha lingoliloeng holim’a tafole ka ntle ho ntlo ea ka ebe ke bua le batho ba fetang ka tsela. Sena se ile sa nthusa hore ke se ke ka khaotsa ho bula maliboho.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 98, 99]
Molimo o Ile a Hlohonolofatsa Mosebetsi oa Rōna oa ho Etsa Barutuoa
SAMUEL MUKWAYA
O HLAHILE KA 1932
O KOLOBELITSOE KA 1974
PALE EA BOPHELO BA HAE Mor’abo rōna Samuel o qetile lilemo tse ngata a sebelisoa ke mokhatlo litabeng tsa molao ebile ke moholo le pula-maliboho.
◼ HA KE sa tla hlola ke lebala mohla ke etetseng ofising ea lekala e Nairobi, Kenya.
Ha ke ntse ke shebile ’mapa oa Uganda ke ile ka botsa potso e reng: “Liphini tsee tse mebala-bala ke tsa’ng?”
Ha Mor’abo rōna Robert Hart eo e leng setho sa Komiti ea Lekala la Kenya a araba o ile a re: “Libakeng tsena ho na le batho ba bangata ba thahasellang.”
Eaba ke supa phini e ’ngoe e hlonngoeng haeso Iganga ka re: “Joale moo le tla romela bo-pula-maliboho neng?”
O ile a re: “Ha ho na motho eo re tla mo romela mono.” Eaba o ncheba ka mahlong a bososela hanyenyane ’me a re: “Ho tla ea uena.”
Ke ile ka makala ha Mor’abo rōna Hart a nkaraba joalo hobane ke ne ke se pula-maliboho ebile ke sa lule haeso. Leha ho le joalo, ke ne ke lula ke nahana ka puisano ena, ’me ka mor’a hore ke itokolle mosebetsing oa ’muso ke ile ka etsa qeto ea ho khutlela haeso moo ke ileng ka ba pula-maliboho oa kamehla. Ke ile ka thaba haholo ha ke bona sehlotšoana sa bahoeletsi se eketseha ka sekhahla ’me e e-ba phutheho e matla e nang le Holo ea eona ea ’Muso!
Ha Patrick Baligeya a romeloa Iganga e le pula-maliboho ea khethehileng, o ile a lula ha ka, ’me ra bula maliboho hammoho. Re ile ra boela ra itemela poone tšimong. Re ne re tsoha ka matjeke, re tšoara temana ea letsatsi re ntoo qeta lihora tse ’maloa re sebetsa tšimong ea rōna ea poone. Hoo e ka bang ka hora ea borobong re ne re e-ea tšebeletsong ea tšimo moo re neng re sebetsa ho fihlela letsatsi le likela.
Ha poone ea rōna e ntse e hōla, baahisani ba bang ba ne ba re mosebetsi oa rōna oa ho ruta batho o etsa hore re se ke ra hlokomela tšimo ea rōna. Re ne re tseba hore re lokela ho hlokomela poone ka linako tsohle ha e ntse e tiea ho seng joalo re ka tšoana ra lemela litšoene. Empa ha rea ka ra tlohela mosebetsi oa rōna oa ho ruta batho ’nete eaba re il’o lelekisa litšoene.
Nakoana ka mor’a moo re ile ra bona lintja tse peli tsa litonanahali li ntse li solla pel’a tšimo ea rōna. Re ne re sa tsebe hore na li tsoa hokae le hore na ke tsa mang, empa ha rea ka ra li leleka, ho e-na le hoo re ile ra li fepa ra ba ra li tšella metsi. Eitse hoba lintja tsena li qale ho lebela tšimo ea rōna, ho hang ha rea ka ra khathatsoa ke litšoene. Joale, ka mor’a libeke tse ’nè, lintja tsena li ile tsa nyamela feela joalokaha li ne li hlahile thoso!—empa sena se etsahetse poone ea rōna e se e ke ke ea hlola e jeoa ke litšoene! Ka mor’a hore re kotule poone e ngata, re ile ra leboha Jehova hore ebe ha ea ka ea jeoa ke litšoene. Ntho ea bohlokoa le ho feta, re ile ra leboha Jehova haholo hore ebe o ile a boela a hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna oa ho etsa barutuoa!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 101, 102]
Jehova o Ile a Ntšehetsa ha ke le Litlamong
PATRICK BALIGEYA
O HLAHILE KA 1955
O KOLOBELITSOE KA 1983
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng hang ha a qeta ho kolobetsoa. Eena le mofumahali oa hae, Symphronia ba etela liphutheho.
◼ KA 1979 ha ’muso o oela matsohong a macha, ho ile ha “kōptjoa” hore bohle ba neng ba le ’musong oa pele ba itlhahise e le hore ba ka sireletsoa ka hore ba kenngoe litlamong. Eaba ho phatlalatsoa hore mang kapa mang ea khahlanong le seo ke sera sa ’muso o mocha ’me o tla kotula litholoana. Kaha ke ne ke le sebini sesoleng sa ’muso oa mehleng, ke ile ka tlameha ho ea litlamong.
Ha ke le litlamong ke ne ke thabela hore ebe ke khona ho bala Bibele letsatsi le letsatsi e le hore kelello ea ka e ka lula e le sehlahlo. Ntle le moo, ke ne ke batla ’nete ke bile ke rata ho bua le batšoaruoa ba bang ka Bibele. Chankaneng eo ke neng ke koaletsoe ho eona ho ne ho e-na le Paki ea Jehova e bitsoang John Mundua; o ne a koaletsoe hobane a ne a sebetsa ’musong oa pele ’me ho nkoa hore morabe oa habo o tšehetsa ’muso oo.
John o ile a mpolella litaba tse molemo ka cheseho, ’me ka nka bohato kapele. Re ne re e-na le Melula-Qhooa e 16 feela le buka ea Good News—To Make You Happy,c ’me hang-hang ke ile ka elelloa hore seo ke ithutang sona ke ’nete. Ka mor’a hore ke ithute Bibele ka likhoeli tse tharo, John o ile a nka hore ke se ke tšoaneleha hore nka ba mohoeletsi. Nakoana ka mor’a moo, liqoso tsa hae li ile tsa hlakoloa ka ho feletseng eaba oa lokolloa. E ile eaba ha ke sa tseba se etsahalang mokhatlong oa Jehova ha John a tsamaea. Leha ho le joalo, ke ile ka etsa sohle se matleng a ka e le hore ke tsoele pele ho khanna lithuto le batho ba thahasellang ba leng litlamong.
Ke ile ka lokolloa ka October 1981, ’me ka khutlela haeso moo ho neng ho se na Lipaki. Beng ka ’na ba ile ba leka ho nqobella hore ke kene bolumeling ba bona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a bona hore ke rata ho mo sebeletsa, ’me a ntšehetsa. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho latela mohlala oa Jesu, kahoo, ka bolela litaba tse molemo ke le mong, empa ho e-s’o ee kae ke ne ke se ke e-na le lithuto tse ngata. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke bolela litaba tse molemo, mong’a ntlo o ile a ntša buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng eaba o re, “Ntho eo u e buang e tšoana le eo ke e balileng ka har’a buka ena.”d Monna enoa o ne a sa thahaselle ’nete hakaalo, empa ’na ke ne ke labalabela ho bala buka eo hammoho le Melula-Qhooa ea hae e mengata. Kahoo, mong’a ntlo ke eena ea ileng a ntsamaisetsa lingoliloeng!
Empa ke ne ke ntse ke lokela ho batla barab’eso. Mor’abo rōna Mundua o ne a mpoleletse hore ho na le Lipaki Jinja. Ke kahoo ke ileng ka etsa qeto ea ho ea moo ho ea batla barab’eso. Ka mor’a ho qeta hoo e ka bang bosiu bohle ke ntse ke rapela, ke ile ka kena tseleng ka malungoalungoana, ke sa ja le ho ja. Motho oa pele feela eo ke ileng ka kopana le eena o ne a nkile polasetiki e bonaletsang. E ne eka kea lora ha ke bona Tsoha! ka polasetiking eo. Joale ke ne ke fumane mor’eso!
Ka 1984, ke ile ka thabela ho ba sehlopheng sa pele sa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, Uganda. Ak’u inahanele feela hore na ke ne ke e-na le mang sehlopheng seo; e ne e ka ba mang haese mor’abo rōna ea ratehang, John Mundua! Le hoja kajeno a se a le lilemo li 74, o ntse a tsoela pele ho sebeletsa ka botšepehi e le pula-maliboho oa kamehla.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
c E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.
d E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 113]
O Ile a Qetella a Fumane Bolumeli ba ’Nete
Morali e mong oabo rōna o ile a kōpa Mats Holmkvist, oa moromuoa hore a chakele Mutesaasira Yafesi, eo e neng e le moruti oa Kereke ea Sabatha. Joale o ne a se a thahasella molaetsa oa Lipaki Tsa Jehova ’me a ngotse letoto la lipotso tse 20 ka makhethe. O ile a li fa Mats ha ba kopana.
Ka mor’a hore ba qete lihora tse peli ba buisana ka Bibele, Mutesaasira o ile a re: “Ke bona eka joale ke fumane bolumeli ba ’nete! Ke kōpa u nketele motseng oa heso. Ho na le batho ba batlang ho tseba ho eketsehileng ka Lipaki Tsa Jehova.”
Ka mor’a matsatsi a mahlano, Mats le moromuoa e mong ba ile ba palama sethuthuthu, ba etela Mutesaasira motseng oa habo oa Kalangalo, o bohōle ba lik’hilomithara tse 110 ba tsamaea litseleng tse mpe le tse liretse har’a masimo a tee. Ba ile ba makala ha Mutesaasira a ba isa ntlong ea joang e neng e e-na le letšoao le ngotsoeng “Holo ea ’Muso.” Ha e le hantle, o ne a se a lokiselitse hore ho khanneloe lithuto tsa Bibele ntlong eo ho be ho tšoareloe liboka ho eona!
Ho ne ho e-na le batho ba bang ba leshome ba thahasellang ka lebaka la linnete tseo Mutesaasira a ileng a ba bolella tsona. Barab’abo rōna ba ile ba qala lithuto tsa Bibele, ’me Mats o ne a li khanna habeli ka khoeli le hoja sebaka seo se ne se le hōle haholo. Lithuto tsena tsa Bibele li ile tsa tsoela pele hantle. Batho ba fetang 20 e se e le bahoeletsi motseng oo oa Kalangalo, ’me ho na le phutheho e hōlang toropong ea Mityana e haufi le moo. Ka nako e tšoanang, Mutesaasira o ile a hatela pele ka potlako ’me a kolobetsoa. Hona joale o lilemong tsa bo-70 ’me ke moholo oa phutheho.
[Chate/Krafo e leqepheng la 108, 109]
LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA—Uganda
1930
1931 Robert Nisbet le David Norman ba bolela litaba tse molemo Afrika Bochabela.
1940
1950
1950 Ba ha Kilminster ba fallela Uganda.
1952 Ho thehoa phutheho ea pele.
1956 Ho kolobetsoa batho ka lekhetlo la pele.
1959 Barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba etsa tsoho la monna tšebeletsong ea Jehova.
1960
1963 Baromuoa ba tsoang Gileade baa fihla.
1972 Ho tšoaroa kopano ea setereke ka lekhetlo la pele.
1973 Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova oa thibeloa ’me baromuoa baa lelekoa.
1979 Ho tlosoa thibelo.
1980
1982 Baromuoa ba boetse ba lumelloa ho kena ka har’a naha.
1987 Molula-Qhooa o fetoleloa ka Seluganda khoeli le khoeli.
1988 Ho neheloa Holo ea pele ea ’Muso.
1990
2000
2003 Ho thehoa ofisi ea lekala.
2007 Ho neheloa mehaho e mecha ea lekala.
2010
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
5,000
3,000
1,000
1930 1940 1950 1960 1980 1990 2000 2010
[Limmapa tse leqepheng la 73]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
DEMOCRATIC REPUBLIC OF THE CONGO
SUDAN
KENYA
UGANDA
KAMPALA
Arua
Gulu
Lira
Soroti
Letša la Kyoga
Masindi
Hoima
Mbale
Tororo
Namaingo
Iganga
Jinja
Seta
Kajansi
Entebbe
Mityana
Kalangalo
Fort Portal
Rusese
Letša la Albert
Lithaba Tsa Ruwenzori
Equator
Letša la Edward
Masaka
Mbarara
Kabale
KENYA
LETŠA LA VICTORIA
TANZANIA
BURUNDI
RWANDA
UGANDA
KAMPALA
KENYA
NAIROBI
Meru
Thaba ea Kenya
Mombasa
TANZANIA
DAR ES SALAAM
Zanzibar
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 87]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
UGANDA
KAMPALA
Arua
Gulu
Lira
Soroti
Masindi
Hoima
Fort Portal
Masaka
Mbarara
Kabale
LETŠA LA VICTORIA
[Setšoantšo]
Mor’abo rōna Hardy le mofumahali oa hae ba ile ba haola le Uganda ka libeke tse tšeletseng
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]
[Setšoantšo se leqepheng la 69]
David Norman le Robert Nisbet ba ile ba isa litaba tse molemo Afrika Bochabela
[Setšoantšo se leqepheng la 71]
George le Robert Nisbet hammoho le Gray le Olga Smith ba tšela nōka le livene tsa bona ka seketsoana sa mapolanka
[Setšoantšo se leqepheng la 75]
Mary le Frank Smith, nakoana pele ba nyalana ka 1956
[Setšoantšo se leqepheng la 78]
Ann Cooke le bana ba hae le Mora le Morali oabo rōna Makumba
[Setšoantšo se leqepheng la 80]
Tom le Bethel McLain e bile baromuoa ba pele ba tsoang sekolong sa Gileade ba ileng ba sebeletsa Uganda
[Setšoantšo se leqepheng la 81]
Lehae la baromuoa la pele Jinja
[Setšoantšo se leqepheng la 83]
Baromuoa ba tsoang Gileade e leng Barbara le Stephen Hardy
[Setšoantšo se leqepheng la 85]
Mary Nisbet (bohareng) le bara ba hae, Robert (ka ho le letšehali), George (ka ho le letona), le William le mofumahali oa hae, Muriel (ka morao)
[Setšoantšo se leqepheng la 89]
Tom Cooke o fana ka puo Kampala Kopanong ea Setereke ea “Puso ea Molimo”
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
George le Gertrude Ochola
[Litšoantšo tse leqepheng la 94]
Barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho bokana leha mosebetsi o thibetsoe
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
Fred Nyende
[Setšoantšo se leqepheng la 96]
Emmanuel Kyamiza
[Setšoantšo se leqepheng la 104]
Stanley Makumba le mofumahali oa hae, Esinala, ka 1998
[Setšoantšo se leqepheng la 107]
Heinz le Marianne Wertholz ba ne ba tsoa sehlopheng sa pele sa Sekolo se Seng sa Gileade, Jeremane
[Litšoantšo tse leqepheng la 118]
Lihlopha Tsa Bafetoleli
Seluganda
Seacholi
Selhukonzo
Serunyankore
[Litšoantšo tse leqepheng la 123]
Liholo Tsa ’Muso tsa morao-rao tjena li fapane hōle le mehaho e neng e sebelisoa pele (ka ho le letšehali)
[Litšoantšo tse leqepheng la 124]
Lekala la Uganda
Komiti ea Lekala: Mats Holmkvist, Martin Lowum, Michael Reiss le Fred Nyende; mohaho oa liofisi (ka tlaase) le oa bolulo (ka ho le letona)