Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb11 maq. 74-161
  • Papua New Guinea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Papua New Guinea
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2011
  • Lihloohoana
  • BABOLELI BA PELE BA LITABA TSE MOLEMO
  • BATHO BA “MOTSE O MOHOLO” BA BOLELLOA MOLAETSA
  • ‘TLOONG LE TL’O RUTA BATHO BA KA’
  • LIBOKA TSE SA LEBALEHENG
  • BA RUTA KA LINTŠOANTŠO
  • MOSEBETSI OA BOBOLELI OA NAMA
  • BA BANG BA UTLOA LITABA TSE MOLEMO
  • HO PAKELA BATHO BA BOLUMELI BA THEPA
  • KHATISO EA LINGOLILOENG TSA BIBELE
  • LITABA TSE MOLEMO LI NAMELA LEBOEA
  • HO THEHOA OFISI EA LEKALA
  • ‘THIBELANG LIPAKI’
  • TSELA E LEBA KA LITHABENG
  • MAMELLO E TSOALA KATLEHO
  • HO JALA PEŌ EA ’MUSO HO BEHA LITHOLOANA
  • PEŌ E HŌLA LIBAKENG TSA MAHAENG
  • BAROMUOA BA FIHLA KA BONGATA
  • MOSEBETSI OA HO HAHA O TŠEHETSA TSOELO-PELE
  • HO MAMELLA LE HAR’A MATHATA
  • MEKHOA E SA TŠOANENG EA HO PAKA
  • MOSEBETSI OA POTOLOHO NŌKENG EA SEPIK
  • HO LOANA LE MEEA E KHOPO
  • HO RUTA BATHO HO BALA LE HO NGOLA
  • LINNETE TSA BIBELE LI FETOLA BOPHELO
  • HO HLOMPHA MPHO EA MOLIMO EA LENYALO
  • BANA BA HLOMPHANG ’MŌPI OA BONA
  • HO IKITLAELLETSA HO EA LIPOKANONG TSA BOKRESTE
  • MOHLALA O MOTLE OA BAROMUOA
  • HO KUPA NTOA EA LEHAE BOUGAINVILLE
  • SERETSE SE CHESANG SE SENYA RABAUL
  • MOSEBETSI OA HO FETOLELA O TSOELA PELE
  • BA BANGATA BA RUA MOLEMO SEKOLONG SA TŠEBELETSO SA BOPULA-MALIBOHO
  • LERATO LE ETSA HORE MOSEBETSI O TSOELE PELE
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2011
yb11 maq. 74-161

Papua New Guinea

MEHLENG ea khale merabe e mengata e ile ea fallela boroa e haola le Asia e ntse e batla libaka tse ncha tsa bolulo. Ha e fihla moeling o ka bochabela oa Lihlekehleke Tsa Malay, e ile ea fumana sehlekehleke se chesang se mongobo se nang le lithaba tse matsutla-tsutla se bitsoang New Guinea, e leng sehlekehleke sa bobeli se seholo ka ho fetisisa lefatšeng.a Batho bana ba ile ba haola le lebōpo la sona le chesang le mongobo, ba lula mekhoabong e nammeng, merung e teteaneng le lihlekehlekeng tse ling tse nyenyane tse qalikaneng. Ba bang ba ile ba hloa lithaba ba ea haha lihlabeng moo ho sa cheseng haholo le moo ho nang le liphula tse sabaletseng tseo mobu oa tsona o nonneng.

Batho bana e ne e se sechaba se le seng se momahaneng, empa e ne e le merabe e menyenyane e fetang sekete e loantšanang khafetsa. Ba ne ba e-na le meetlo e sa tšoaneng, ba apara liaparo tse ba khethollang ba bile ba bua lipuo tse fetang 800. Boholo ba merabe ena bo ne bo lula metseng e sirelelitsoeng ka thata ’me batho ba linaha tse ling ba sa e tsebe ho hang. Ba bangata ba ne ba lumela hore sebaka seo bademona le balimo ba lulang ho sona, se ka nģ’ane ho moo mahlo a fellang teng. Ba ne ba lumela hore bademona le balimo ba ka ba thusa kapa ba ba ntša kotsi, ’me ba phelela ho thabisa meea eo.

Batho bana ba ne ba tšoana ka ntho e le ’ngoe feela. Ha mohlanka e mong oa ’muso oa Mapotoketsi ea bitsoang Jorge de Meneses a etetse sebaka sena ka 1526, o ile a hlokomela ntho ena, eaba o reha sehlekehleke sena lebitso la Ilhas dos Papuas, e bolelang “Naha ea Batho ba Moriri o Fefohang.” Mosesisi oa likepe oa Lesepanishe ea bitsoang Ynigo Ortiz de Retes o ile a bona batho ba sehlekehleke sena ba tšoana le baahi ba Guinea, e Afrika Bophirimela, kahoo, a se reha Nueva Guinea, kapa New Guinea.

Lekholong la bo19 la lilemo, mebuso ea Europe e ile ea arola sehlekehleke sena likarolo tse tharo. Madache, e leng ’ona a fihlileng pele, a ile a nka halofo e ka bophirimela, eo hona joale e leng karolo ea Indonesia. Mabrithani le Majeremane a ile a arolelana halofo e ka bochabela a e etsa British New Guinea ka boroa (eo hamorao e ileng ea bitsoa Papua) le German New Guinea ka leboea (eo hamorao e ileng ea bitsoa New Guinea). Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, libaka tsena ka bobeli li ile tsa busoa ke Australia. Qetellong, ka 1975, Papua le New Guinea li ile tsa kopana ’me ea e-ba naha e ipusang ea Papua New Guinea.b

Kajeno, Papua New Guinea e hatela pele hore e kheme le tsoelo-pele. Baahi ba bang ba eona ba lula metseng ea sejoale-joale e nang le mabothobotho a lintho tsa theknoloji. Ho sa tsotellehe seo, batho ba bane ho ba bahlano ba lula metseng e menyenyane ea mahaeng moo bophelo bo sa fetohang haholo ha bo bapisoa le ba lilemong tse fetileng tse makholo le moo ho rua likolobe ho bontšang hore motho ke morui. Batho ba bangata ba sa ntse ba ntša bohali, ba sebelisana le meea ebile ba nka hore ho tšepahala lelokong ke ntho ea bohlokoa.

Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, ho bile le phetoho ea bohlokoa naheng ena ea batho ba maemo a sa tšoaneng, ’me e ama batho ba tšepahalang ba merabe eohle ebile e ntlafatsa bophelo ba bona ka litsela tse ngata. Phetoho ena ke ea bolumeli ’me e tlisoa ke ho ithuta le ho sebelisa linnete tsa Lentsoe la Molimo, e leng Bibele.—Bar. 12:2.

BABOLELI BA PELE BA LITABA TSE MOLEMO

Ka 1932 pula-maliboho oa Lenyesemane ea bitsoang Peck o ile a tlisa ’nete ea Bibele Papua New Guinea ha a ne a emisitse moo a fetela Malaya (eo hona joale e leng Malaysia). Kaha Peck o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong o hlahang, o ile a qeta libeke tse ngata a ntse a bolella baahi ba moo litaba tse molemo. O ile a tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele tse ngata haholo pele a fetela kabelong ea hae.

Ka mor’a lilemo tse tharo, bo-pula-maliboho ba supileng ba neng ba tsamaea ka seketsoana se bitsoang Lightbearer ba ile ba emisa Port Moresby hore ba lokise enjene ea sona e robehileng. Ba qetile khoeli ba ntse ba bolela litaba tse molemo ka cheseho Port Moresby le libakeng tse e potolohileng. E mong oa bona, e leng Frank Dewar, e ne e le mor’abo rōna ea sehlahlo oa New Zealand ea ileng a kenella hare ho naha a nkile lingoliloeng tsa Bibele tseo a ileng a li tsamaisetsa baahi ho ea fihla metseng e bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ho tloha lebōpong.

Lingoliloeng tse ling li ile tsa fihla matsohong a Heni Heni Nioki, eo e neng e le ngaka ea litaola ea morabe oa Makoiari. Le hoja Heni Heni a ile a ithuta linnete tsa Bibele a ba a li lumela, ha aa ka a etsa letho ka tsona. O ile a ema ho fihlela Lipaki Tsa Jehova li khutla ’me li mo thusa hore a li sebelise.—1 Bakor. 3:6.

Ho ella qetellong ea lilemo tsa bo-1930, pula-maliboho e mong o ile a nka leeto le lelelele la ho ea bolela litaba tse molemo litoropong tse khōlō tsa Papua New Guinea, ho akarelletsa le lihlekehleke tsa New Britain, New Ireland le Bougainville. O ile a tsamaisa lingoliloeng tse ngata tsa Bibele. Empa pele ba bang ba ka ntšetsa pele mosebetsi oo oa hae, sebaka sena se ile sa ameha moferefereng oa Ntoa ea II ea Lefatše.

BATHO BA “MOTSE O MOHOLO” BA BOLELLOA MOLAETSA

Lilemo tse 12 hamorao, ka la 22 September, 1951, mor’abo rōna e mong oa Australia oa seema-ka-litlhako ea lilemo li 47, ea bitsoang Tom Kitto, o ile a theoha sefofane Port Moresby, e leng sebaka se mongobo le se chesang haholo. O ne a tlile ka lebaka la kōpo e neng e entsoe ea hore baithaopi ba qale ho bolela litaba tsa molemo tsa ’Muso lihlekehlekeng tsa Pacific. Mosali oa hae, Rowena, o ile a fihla ka mor’a libeke tse tšeletseng. Tšimo ea bona e ne e le Papua New Guinea kaofela.

Ka potlako, ba ha Kitto ba ile ba lemoha hore boholo ba batho ba basoeu ba Port Moresby ha ba thabele molaetsa oa ’Muso. Empa ba ile ba kopana le Moaustralia e mong oa habo bona ea bitsoang Geoff Bucknell ea neng a lahlile ’nete esale mohlankana. Geoff o ile a lumela ho ithuta ’me hamorao eena le mosali oa hae, Irene, ea e-ba Lipaki tse tšepahalang.

Joale, Tom le Rowena ba ile ba ea Hanuabada, e leng lebitso leo ka puo ea moo ea Semotu le bolelang “Motse o Moholo.” Motse ona o kenelletseng Boema-kepeng ba Port Moresby, o ne o e-na le matlo a tšehelitsoeng ka lipalo a mangata haholo, a kopantsoeng ka litsela tsa mapolanka tse telele tse tlohang lebōpong la leoatle. Rowena o re: “Batho ba ne ba re bokanela ho tla utloa litaba tse molemo. Ba ne ba thabela hoo re neng re khutla mantsiboea a mang le a mang ho ea khanna lithuto tsa Bibele, ’me ka likhoeli tse peli re ile ra fosoa ke mantsiboea a mabeli feela.” Tom o phaella ka ho re: “Tšepo ea tsoho le ea ho phela lefatšeng la paradeise e ile ea khahla batho bana haholo. Ha baromuoa ba Bokreste-’mōtoana le lepolesa la moo ba ba qobella hore ba khaotse ho ithuta, kaofela ba ile ba hana ba lomahantse meno. ’Nete e ne e metse ka metso lipelong tsa bona.”

Ba bang ba ileng ba emela ’nete ke Raho le Konio Rakatani, Oda Sioni, Geua Nioki le monna oa hae, Heni Heni, eo lilemong tse 16 pele ho moo a ileng a fuoa lingoliloeng ke sehlopha sa seketsoana sa Lightbearer. Kapele ka mor’a moo, sehlopha sa batho ba ka bang 30 ba thabelang molaetsa se ne se se se kopanela libokeng tse neng li tšoareloa lapeng ha Heni Heni kamehla. Oda Sioni, eo e neng e le moshanyana ka nako eo, o re: “Banna ba ne ba lula ka lehlakoreng lena ’me basali ba lula ka ho le leng. Basali ba ne ba tena lithethana tsa joang ba sa behe letho sefubeng ’me ba nka bana ka lithari tseo ba neng ba li fanyeha maballong. Ha ba qeta ho anyesa masea a bona, ba ne ba a kenya ka litharing ebe baa a koieetsa.”

Liboka tseo li ne li tšoaroa ke Tom Kitto ’me ho e-ba le motho ea fetolelang. Ho hlakile hore ka linako tse ling lintho li ne li sa tsamaee hantle. Don Fielder ea fihlileng ka 1953, o re: “Sebokeng se seng ho ne ho toloka ngoan’abo Heni Heni ea bitsoang Badu Heni. Ho ne ho bonahala eka lintho li tsamaea hantle, hobane Badu o ne a toloka puo ea Tom a bile a itšisinya joaloka eena. Empa hamorao Badu o ile a bolela hore ho hang o ne a sa utloisise seo Tom a neng a se bua. O ne a mpa a pheta linnete tseo a neng a ithutile tsona le ho itšisinya joaloka Tom e le hore ho bonahale eka o ntse a bua tsona.” Ho sa tsotellehe mathata ao, sehlopha seo se ile sa eketseha kapele, ’me ho e-s’o ee kae ha thehoa sehlopha sa bobeli ha Raho Rakatani, motseng oona oo oa Hanuabada.

‘TLOONG LE TL’O RUTA BATHO BA KA’

Mathoasong a 1952, Bobogi Naiori, morena oa Makoiari eo e neng e bile e le ngaka ea litaola e tummeng, o ile a etela Heni Heni—eo e neng e le wantok ea hae kapa motho oa morabe oa habo—eaba o ba teng sebokeng se neng se tšoaretsoe ha Heni Heni. Ka lebaka la ho khahloa ke seo a se boneng le seo a se utloileng, hamorao Bobogi o ile a ea ho Tom Kitto eaba o mo kōpa ka tieo o re: “Ke kōpa hore le tl’o ruta batho ba ka ’nete!”

Kapele ka mor’a moo, Tom le Rowena ba ile ba tsamaea ka teraka ea bona mebileng e tletseng liretse ba ea ha Bobogi, motsaneng oa Haima, o bohōle ba lik’hilomithara tse 25 ka leboea ho Port Moresby. Ha Tom a ntse a bolella sehlopha sa batho ba motse litaba tse molemo, Bobogi o ne a mo tolokela. Ka lebaka leo, batho ba ka bang 30 ba ile ba qala ho ithuta Bibele.

Hamorao khoeling eo, sehlopha sa Haima se ile sa haha holo e nyenyane eo liboka tsa Bokreste li tšoareloang ho eona. Elsie Horsburgh, eo hamorao a ileng a kopanela holong eo, o re: “Holo eo e ne e emisitsoe ka mapolanka, e ruletsoe ka joang ’me lerako la eona le fihlang thekeng le entsoe ka leqala. Ka hare ho ne ho e-na le litulo tse entsoeng ka lithupa, lebone la parafine le bolekeboto.” Mohaho ona oa boemo bo tlaase e ile ea e-ba Holo ea ’Muso ea pele ea Papua New Guinea.

Ho phaella moo, Bobogi o ne a batla hore bo-wantok ba hae ba lulang metseng e lithabeng tse haufi, le bona ba utloe litaba tse molemo. Kahoo, eena le Tom ba ile ba ea sehlabeng sa Sogeri ba tsamaea tseleng e mpe ea lithaba. Ho e-s’o ee kae, ba ne ba ithuta le batho ba fetang 90 metseng e meraro ea moo.

Ba boholong ba ne ba bona ha ho ntse ho etsoa mosebetsi ona oa boboleli. Mohlanka e mong oa ’muso o ile a kena thoso! moo seboka se neng se tšoaretsoe teng Ioadabu, a batla ho tseba hore na ke mang ea lumeletseng Lipaki Tsa Jehova hore li rute batho ba motse. Mapolesa le ’ona a ile a buisana le batho ba ’maloa ba thahasellang eaba a ba hloma lipotso mabapi le mosebetsi oa rōna. Baruti ba bang ba motse le bo-rapolasi ba ile ba ba ba sokela barab’abo rōna ka hore ba tla ba otla.

Ka lebaka la khatello eo, batho ba bang ba thabelang molaetsa ba ile ba chechela morao. Leha ho le joalo, ba seng bakae ba ile ba tsoela pele. Ka 1954, liithuti tsa Bibele tse 13 li ile tsa kolobetsoa motseng oa Haima, Nōkeng ea Laloki; ke bona batho ba pele ba ileng ba kolobetsoa Papua New Guinea. E mong oa bona e ne e le Bobogi, ea ileng a re: “Leha Makoiari kaofela a ka chechela morao, ’na nke ke ka checha, hobane kea tseba hore phutheho ena ke ea ’nete.” Bobogi o ile a lula a tšepahala feela joalokaha a ne a boletse. O ile a sebeletsa e le moholo ea tšepahalang oa Phutheho ea Haima ho fihlela a e-shoa ka 1974.

LIBOKA TSE SA LEBALEHENG

Ka July 1955, John Cutforth oa Mocanada eo e neng e le moromuoa Australia, o ile a fihla Port Moresby e le molebeli oa potoloho oa pele naheng eo. Hang-hang John o ile a rata naha ena e chesang e mongobo, a rata bophelo ba teng le batho ba moo ba ikokobelitseng. O ne a sa tsebe hore o tla sebetsa Papua New Guinea ka lilemo tse fetang 35.

John o ile a tla le filimi ea The New World Society in Action e bontšang likopano tsa Lipaki Tsa Jehova le hore na mosebetsi oa tsona o hlophisitsoe joang. Ha a ntse a etetse moo ka libeke tse tharo, o ile a bapala filimi ena ka makhetlo a 14, ’me ba neng ba e shebella ba ne ba e-ba makholo a ’maloa ho isa ho ba ka bang 2 000. E ile ea susumetsa baahi ba moo haholo, bao boholo ba bona ba neng ba qala ho bona filimi.

John o ile a phetha leeto la hae ka ho tšoara kopano ea potoloho ea letsatsi le le leng motseng oa Haima. Tom Kitto o re: “Ha bakolobetsuoa ba kōptjoa hore ba eme, . . . ho ile ha ema ba mashome a supileng. Re ile ra thaba haholo ha re bona barab’abo rōna ba mashome a mane le baralib’abo rōna ba mashome a mararo ba kolokile pel’a nōka ba emetse ho bontša hore ba inehetse ho Jehova.”

Selemong se latelang, barab’abo rōna ba ile ba lokisetsa hore ho tšoaroe kopano ea bobeli ea potoloho Haima. Bobogi eo e neng e le morena motseng oo, o ile a kōptjoa hore a hahe mehaho e tla sebelisoa ’me a lokisetse ba neng ba tla tla kopanong lijo. Matsatsi a mararo pele ho kopano, molebeli oa potoloho e mocha ea tsoang Australia ea bitsoang John (Ted) Sewell, o ile a kopana le Bobogi hore a utloe hore na o hokae ka litokisetso.

Ted ha aa ka a hlatha koana le koana, empa o ile a re: “Litaba tsa mohaho li tsamaea joang?”

Bobogi a re: “Ha ke e-s’o qale.”

Ted a re: “Empa ke Labone, Bobogi, ’me kopano e ka Sontaha.”

Bobogi a araba a re: “U se ke ua tšoenyeha mor’eso. Re tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Moqebelo.”

Ted o ile a khutlela Port Moresby a tšohile, a kholisehile hore litlhophiso tsa kopano li ke ke tsa atleha.

Ka Sontaha o ile a ea Haima a tšoenyehile a batla ho bona hore na ho etsahetse’ng. O ile a hlolloa ke seo a se bonang! Tlas’a sefate sa setonanahali se shebileng ka lebaleng le leholo ho ne ho emisitsoe sethala sa lehong se tsitsitseng. Thōko mane, ho e-na le maifo a majoe moo ho besitsoeng nama ea kolobe, ea kankaru, ea khama, maeba, tlhapi le lipatata. Ifo ho bela liketlele tsa tee. Matšoele a thabileng a khobokane phaposing ea ho jela e entsoeng ka lithupa le joang. Bobogi o ne a le har’a matšoele ao, a phutholohile. Ted o ne a hloletsoe!

O ile a bua ka ho makala a re: “Bobogi, u ithutile lintho tsee hokae?”

Bobogi o ile a araba a re: “Lintho tsena kaofela ke li bone filiming eane eo John Cutforth a ileng a re bontša eona selemong se fetileng.”

Batho ba fetang 400 ba merabe e robeli ba ne ba le teng kopanong eo, ’me ha kolobetsoa ba 73. Hamorao kopano eo e ile ea bitsoa kopano ea Bobogi.

BA RUTA KA LINTŠOANTŠO

Ka 1957, John Cutforth o ile a fallela Papua New Guinea ’me ea e-ba molebeli ea etelang liphutheho. Ho tloha ha a etela naha ena ka lekhetlo la pele, o ile a nahana ka thata ka tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho bolella batho ba moo litaba tse molemo, bao boholo ba bona ba neng ba sa tsebe ho bala le ho ngola. Joale, o ne a le malala-a-laotsoe hore a qale ho sebelisa seo a neng a nahanne ho se etsa.

Ha John a ne a bua le phutheho kapa sehlopha se ka thōko, o ne a qala ka hore a ngole lebitso la hae le la motho ea mo tolokelang bolekebotong. Ka mor’a moo, o ne a supa leholimong, ebe o botsa bamameli, “Lebitso la Molimo ke mang?” Ka holimo-limo bolekebotong o ne a ngola karabo ea bona e reng, “Jehova” hammoho le “Pesaleme ea 83:18.” Tlas’a moo, ho elella ka letsohong le letšehali, o ne a ngola sehlooho se reng “Lefatše la Khale” ebe o toroea litšoantšo tsa banna ba babeli ba loanang, motho ea llang, lebitla ebe o ngola “Baroma 5:12.” Ka letsohong le letona, o ne a ngola sehlooho se reng “Lefatše le Lecha” ebe o toroea banna ba babeli ba lumelisanang ka matsoho, sefahleho sa motho ea bososelang, lebitla le takiloeng sekere ebe o ngola “Tšenolo 21:4.” Ka mor’a moo, o ne a fana ka puo e monate e hlalosang litšoantšo tseo, ebe o kōpa bamameli ba bang hore ba tle ka pele ’me ba mo etsise. Ha ba se ba utloisisa seo ba ithutileng sona, o ne a ba khothalletsa hore ba kopiletse litšoantšo tseo lipampiring ’me ba li sebelise mosebetsing oa bona oa boboleli.

Mokhoa ona oa ho paka o ileng oa bitsoa “Karolo ea Pele ea Litšoantšo Tse Rutang,” o ile oa khatha tema ea bohlokoa mosebetsing oa boboleli Papua New Guinea. Ho e-s’o ee kae ho ile ha latela likarolo tse ling tsa litšoantšo tse rutang. Lena Davison, ea sebelelitseng naheng ena ka lilemo tse 47, o re: “Re ile ra qeta lihora tse ngata haholo re kopiletsa litšoantšo tsena tse rutang libukeng tsa ho ngolla lintlha. Seithuti ka seng sa Bibele se ile sa fuoa buka, eo se neng se e sebelisa ha se ruta ba bang.” Bana ba ne ba iketsetsa libuka tsa litšoantšo tse mebala-bala ’me ba li rata haholo.

Mokhoa ona oa ho ruta o ne o boetse o sebelisoa le libokeng tsa phutheho. Pula-maliboho oa Mocanada ea ileng a lula Papua New Guinea ka lilemo tse fetang tse 40 ea bitsoang Joyce Willis, o re: “Litšoantšo tse torouoang bolekebotong li ne li sebelisoa haholo sebokeng sa Puo ea Phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa ’me ruri li ne li thusa batho ba sa tsebeng ho bala.” Likopanong ho ne ho boetse ho rutoa ka litšoantšo tse torouoang liseileng. Mike Fisher, eo e neng e le molebeli oa potoloho, o re: “Batho ba ne ba hlile ba rata litšoantšo tsena tse khōlō ’me li thusa bamameli hore ba hopole lithuto tsa motheo. Tse ngata tsa tsona li ile tsa qetella li fanyehiloe malapeng a bahoeletsi ba metseng ea mahaeng, ba neng ba le motlotlo ho pakela baeti ka tsona.”

Lilemo tse mashome ka mor’a moo, ha batho ba bangata ba se ba tseba ho bala le ho ngola ’me lingoliloeng tse nang le litšoantšo li se li le ngata, mokhoa ona oa ho ruta ka litšoantšo o ile oa khaotsa.

MOSEBETSI OA BOBOLELI OA NAMA

Qetellong ea lilemo tsa bo-1950, Maaustralia a chesehang a ile a kena lenyelenyele Papua New Guinea, a labalabela ho bolela litaba tse molemo. Ho phaella moo, batho ba bangata ba ileng ba ithuta ’nete Port Moresby ba ile ba khutlela metseng ea habo bona eaba ba bolella batho molaetsa oa ’Muso. Ka tsela eo, litaba tse molemo li ile tsa saballa ka potlako ka har’a naha.

Ka 1957, mor’abo rōna e mong oa Moaustralia ea lilemo li 26, ea bitsoang David Walker, ea neng a lula Port Moresby, o ile a utloa hore batho ba motseng o haufi le moo oa Manu Manu le tikolohong ea Gabadi, ba thahasella ho ithuta ’nete. David o ile a tlohela mosebetsi, ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng ’me a qeta selemo a ntse a bolela litaba tse molemo a le mong sebakeng seo. Hamorao ba bang ba ile ba ntšetsa mosebetsi oa hae pele ’me hona joale ho na le phutheho le Holo ea ’Muso Manu Manu.

Ka eona nako eo, ha Don Fielder a ntse a bolela litaba tse molemo ’marakeng oa Koki o Port Moresby o ile a kopana le batšoasi ba litlhapi ba bangata ba thahasellang ho ithuta ’nete. Banna bana ba ne ba tsoa motseng o sikileng le lebōpo la leoatle oa Hula, o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ka bochabela. E le hore Don hammoho le Athol (Dap) Robson le batho ba bang ba Mahula ba thabelang litaba tse molemo ba tsoele pele ho thusa banna bao le ba malapa a bona, ba ile ba tsamaea ka sekepe se secha sa Don se bolelele ba limithara tse robeli, ba qeta matsatsi a mararo motseng oa Hula ’me ba theha sehlopha se senyenyane sa liithuti tsa Bibele.

Nakoana ka mor’a moo, Don o ile a fallela Hula e le pula-maliboho ea khethehileng, a tsamaea le mosali oa hae, Shirley, hammoho le morali oa bona ea lilemo li peli ea bitsoang Debbie. Don o re: “Re ile ra haha ntlo e nyenyane ea joang eaba re qala ho bolela litaba tse molemo metseng e mehlano ea sebaka seo. Letsatsi le leng le le leng re ne re tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 12 ho ea le ho khutla. Le hoja re ne re khathala, re ne re matlafala moeeng kaha re ne re qala lithuto tsa Bibele tse ngata ’me ka mor’a nakoana ho ile ha e-ba le bahoeletsi ba bacha ba robeli ba sebetsang le rōna.”

Mosebetsi oa Don le Shirley oa ho bolela litaba tse molemo o ile oa halefisa moruti oa moo oa Kereke ea United ’me o ile a qobella mong’a setša seo ba neng ba hahile ntlo ea bona ho sona hore a ba laele hore ba tlose ntlo ea bona ha hae. Don o re: “Ha batho ba motse o haufi le moo ba utloa taba ena, ba ile ba halefa haholo kaha ba ne ba sa batle hore re tsamaee. Ba ka bang 20 ba ile ba tla ho tla re thusa ho thotha ntlo ea rōna—motheo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe—ba re isa sebakeng se secha motseng oa habo bona.”

Moruti eo ea halefileng ha aa ka a tela. O ile a sebetsa ka thata hore a susumetse ba boholong Port Moresby hore ba thibele ba ha Fielder ho hloma ntlo ea bona kae kapa kae seterekeng seo. Don o re: “Ho e-na le hore re tlohe kabelong ea rōna, re ile ra kōpa Alf Green, eo e neng e le ’metli ea hloahloa hore a nke mapolanka a ntlo ea rōna, ebe o haha kamore e nyenyane sekepeng sa rōna. Re ile ra emisa sekepe mokhoabong o nang le lifate pel’a molomo oa nōka e haufi. Ka lilemo tse peli le halofo, re ne re lula sebakeng seo se tletseng menoang le likoena tse lallang re ntse re bula maliboho.” Ba ha Fielder ba ile ba khutlela Port Moresby ha ho hlaha morali oa bona oa bobeli, Vicki. Hamorao Don o ile a tsamaea le lelapa la hae e le molebeli ea tsamaeang, ea ba ea e-ba setho sa Komiti ea Lekala.

BA BANG BA UTLOA LITABA TSE MOLEMO

Hoo e ka bang ka nako eo, ha Lance le Daphne Gosson ba le Port Moresby, ba ile ba qala ho ithuta le bahlankana ba bangata ba tsoang motseng oa Kerema o sikileng le lebōpo, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 225 ka bophirimela ho Port Moresby. Ha bahlankana bao ba e-ea phomolong ha habo bona, Lance le Jim Chambliss ba ile ba etsa qeto ea ho ba etela ka libeke tse peli e le hore ba e’o bolela litaba tse molemo Kerema.

Lance o re: “Batho ba motse ba ile ba bokana kaofela ho tla re mamela. Ha puo e ntse e tsoela pele, moruti oa moo oa Mokhatlo oa Baromuoa oa London o ile a itšohlometsa eaba o hlasela motho ea neng a toloka, a mo otla ka litebele tse ’maloa pele batho ba motse ba mo namolela. Moruti eo o ile a tsitlella hore batho ba moo ha ba re batle ’me a re laela hore re tlohe sebakeng sa ‘hae.’ Re ile ra re ba batlang ho re mamela ba ka ea le rōna ka lehlakoreng le leng la motse, ’me ba bang bona ba ka sala le eena. Batho ba motse kaofela ba ile ba re latela.

“Hoseng ha le hlahlamang re ile ra ea ho ’musi oa setereke ho ea tlaleha se etsahetseng. Ha re le tseleng, ra kopana le mosali ea neng a kula haholo. Re ile ra ithaopela ho mo isa sepetleleng sa moo, empa o ne a tšaba ho ea. Re ile ra mo phehella ka nako e telele ho fihlela a lumela ho tsamaea le rōna. Ha re qeta ho mo siea ka ngakeng, re ile ra ea ho ’musi oa setereke ’me eena a se ke a re amohela hantle. Ha e le hantle, ka bohale o ile a re qosa ka hore re ruta batho hore ba se ke ba ea ngakeng! Empa ha litaba li sa le joalo, ho ile ha kena ngaka ea sepetlele e ileng ea utloa hore na o re qosa ka eng. Eaba e mo bolella hore re sa tsoa khothalletsa mosali ea kulang hore a e’o bona ngaka sepetlele. Ke moo ’musi eo a ileng a nolofala ’me a kōpa tšoarelo kapele a ba a re bolella hore moprista oa Kereke e K’hatholike ea moo o qeta ho tsoa ’me o buile mashano ka seo re se lumelang. Ka mor’a moo o ile a roma mapolesa a mabeli a hlometseng hore a re sireletse haeba ho ka ba le batho ba batlang ho re tšoenya. E ne e le ntho e makatsang ha mapolesa a nkileng lithunya a le teng ha re khanna lithuto tsa Bibele!”

Nakoana ka mor’a moo, bahlankana ba babeli ba Maaustralia, e leng Jim Smith le Lionel Dingle, ba ile ba romeloa Kerema e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Hang-hang ba qala ho ithuta puo ea moo ea Setairuma. Jim o re: “Re ne re bitsa lentsoe la Semotu, ’me liithuti tsa rōna tsa Bibele li le bitsa ka Setairuma, ebe rea le ngola. Ka tsela ena, re ile ra ithuta mantsoe a seng makae ’me ra tšoara molaetsa o bonolo oa Bibele ka hlooho. Batho ba moo ba ile ba makala ha ba utloa re bua puo ea bona, kaha batho ba bang ba basoeu ba moo ba ne ba sa e bue. Ka mor’a likhoeli tse tharo re ne re tšoara liboka tsa beke le beke ka Setairuma ka mahlakoreng a mabeli a Kou ea Kerema.”

Hamorao, mohlankana e mong oa Moaustralia oa pula-maliboho ea bitsoang Glenn Finlay, o ile a tla Kerema, a nka sebaka sa Jim le Lionel ’me a qeta likhoeli tse 18 a bolela litaba tse molemo a le mong. Glenn o re: “Ke ne ke selebaletsoe ’me ka linako tse ling ke ipotsa hore na ho na le seo ke se finyellang. Empa ho na le ketsahalo e ’ngoe e hlollang e ileng ea fetola maikutlo a ka.

“Motho e mong eo ke neng ke ithuta Bibele le eena e ne e le ralebaka ea seng a hōlile oa motseng oo ea bitsoang Hevoko. Ho hang o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola ’me ho se ho fetile likhoeli re ithuta empa a utloisisa linnete tsa motheo tse seng kae feela. Ke ne ke ipotsa hore na ho na le thuso hore ke mo rute. Empa ka letsatsi le leng hoseng, ha ke atamela ntlo ea hae, ke ile ka utloa motho ea buang eaba kea ema ’me kea mamela. E ne e le Hevoko a rapela Jehova ka lentsoe le phahameng, a Mo leboha ka tieo ha a mo rutile ’nete e mabapi le lebitso la Hae le ’Muso. Thapelo ea hae e tsoang botebong ba pelo e ile ea nkhopotsa hore Jehova o sheba lipelo tsa batho, eseng bohlale ba bona. O tseba hantle hore na ke bo-mang ba mo ratang.”—Joh. 6:44.

HO PAKELA BATHO BA BOLUMELI BA THEPA

Ka 1960, bo-pula-maliboho ba bang ba babeli ba khethehileng ba Maaustralia, Stephen Blundy le Allen Hosking, ba ile ba fallela motseng oa Savaiviri, o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ka bochabela ho Kerema. Ka mor’a ho lula tenteng ka likhoeli tse tharo, Stephen le Allen ba ile ba fallela ntlong ea mahaeng e neng e hahuoe tšimong ea kokonate e pota-potiloeng ke mokhoabo o moholo.

Savaiviri e ne e le setsi se tummeng sa bolumeli ba thepa. Bolumeli boo bo qalile joang? Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, batho ba moo ba ne ba hlolloa ke leruo kapa thepa e ngata ea masole a tsoang linaheng tse ling. Ntoa eo e ile ea lala, ’me masole a phutha lintho tsa ’ona eaba aa tsamaea. Batho ba bang ba motse ba ne ba re kaha thepa ena e hlahile moo mahlo a fellang teng, e leng moo ho lulang meea, e tlameha ebe balimo ba bona ba ne ba ntse ba ba romella eona empa masole a inkela eona. E le hore ba tsebise balimo hore na ba hloka’ng, ba ile ba ikoetlisa joalokaha eka ke masole. Ho feta moo ba haha libaka tse tiileng tseo likepe li emang ho tsona e le ho lokisetsa letsatsi le leholo leo ho neng ho tla fihla moqeqekohali oa thepa e ncha.

Ka mor’a nakoana, Stephen le Allen ba ne ba se ba ithuta le litho tse ka bang 250 tsa bolumeli bona, ho akarelletsa le moeta-pele oa bona le ba bang ba neng ba bitsoa baapostola ba hae ba “leshome le metso e ’meli.” Stephen o re: “Boholo ba bona ba ile ba amohela ’nete. Ha e le hantle, hamorao lepolesa la moo le ile la re bolella hore mosebetsi oa rōna oa boboleli o thusitse haholo ho felisa bolumeli ba thepa ba motse oa Savaiviri.”

KHATISO EA LINGOLILOENG TSA BIBELE

Ka mor’a nakoana bo-pula-maliboho bao ba pele ba ile ba bona ho hlokahala hore ho fetoleloe lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tsa moo. Empa ba ne ba tla hatisa lingoliloeng tsa lipuo tse sa tšoaneng tse 820 joang?

Ka 1954, Tom Kitto o ile a qala ka ho lokisetsa hore barab’abo rōna ba moo ba fetolele khaolo e le ’ngoe ea buka ea “’Nete e be ea Molimo”c ka Semotu, e leng puo e buuoang Port Moresby. Ho ile ha ajoa likopi tse fetang makholo a mabeli tsa khaolo e reng “Lefatše le Lecha.” Li ne li hatisitsoe ka mochine o hatisang likopi tse ngata ’me li entsoe pampitšana. Batho ba bangata ba buang Semotu ba ile ba e thabela haholo.

Ha mosebetsi oa boboleli o ntse o namela libakeng tse ling, bo-pula-maliboho ba ile ba sehla ka thata ka nako e telele hore ba fetolele lingoliloeng ka lipuo tsa libaka tseo. Jim Smith o re: “Ke ile ka bokella mantsoe le lipolelo tse ncha ’me ka mor’a ho etsa lipatlisiso ka hloko ka ngola sebōpeho-puo sa Setairuma le dikishinari ea sona tseo ke neng ke li sebelisa ha ke fetolela lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa. Hangata ke ne ke sebetsa ho fihlela bosiu haholo ke ntse ke thaepa lihlooho tse fetoletsoeng tse tla abeloa batho ba tlang libokeng. Hamorao ke ile ka fetolela pampitšana le bukana ka Setairuma. Lingoliloeng tseo tsa pele li ile tsa thusa Makerema a mangata hore a ithute ’nete.”

Lingoliloeng tse ling li ile tsa hatisoa ka Sehula le Setoaripi. Kaha ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala hore lingoliloeng li hatisoe ka puo e ’ngoe le e ’ngoe, hamorao barab’abo rōna ba ile ba ikitlaelletsa ho fetolela ka lipuo tse peli tse sebelisoang litabeng tsa khoebo, e leng Sehiri Motu le Setok Pisin. Sehiri Motu, e leng Semotu se nolofalitsoeng, se ne se buuoa ke batho ba bangata ba lulang libakeng tse sikileng le lebōpo la Papua. Don Fielder o re: “Re ile ra sebetsa ka thata hore re ntlafatse tsela eo puo ena e ngoloang ka eona. Ha ho pelaelo hore Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tsa rōna tsa Sehiri Motu li ile tsa khatha tema e khōlō hore puo ena e be e nonneng kajeno.” Setok Pisin—e leng motsoako oa Senyesemane, Sejeremane, Sekuanua le lipuo tse ling—se buuoa haholo libakeng tse lithabeng, metseng e sekileng le lebōpo la leoatle le lihlekehlekeng tse ka leboea tsa Papua New Guinea. Mosebetsi oa boboleli o ile oa qala joang tšimong ee ea batho ba maemo a sa tšoaneng?

LITABA TSE MOLEMO LI NAMELA LEBOEA

Ka June 1956, Ken le Rosina Frame, e leng bo-pula-maliboho ba neng ba sa tsoa nyalana, e ile ea e-ba Lipaki tsa pele tse ileng tsa fallela New Ireland, e leng se seng sa Lihlekehleke Tsa Bismarck tse ka leboea-bochabela ho Papua New Guinea. Ken, eo mosebetsi oa hae e neng e le ho boloka libuka tsa khoebo, o ile a sebetsa k’hamphaning e khōlō ea Kavieng, e leng motse-moholo oa sehlekehleke seo. Ken o re: “Pele re tloha Sydney, re ile ra bolelloa hore ho ka ba molemo hore batho ba re tloaele pele re ka qala ho bolela litaba tse molemo phatlalatsa. Rosina o ne a tseba ho rōka ’me ka potlako o ile a fumana batho ba bangata bao a ba rōkelang. Re ne re ba pakela ha monyetla o hlaha, ’me kapele ka mor’a moo ha e-ba le sehlopha se senyenyane sa batho ba thabelang molaetsa ba neng ba kopanela ka lenyele lapeng la rōna hang ka beke.

“Ka mor’a likhoeli tse 18, re ile ra eteloa ke molebeli oa potoloho, John Cutforth, ’me a re botsa hore na a ka bontša batho filimi ea The Happiness of the New World Society. Ke ile ka buisana le mong’a sebaka sa moo seo ho shebelloang lifilimi ho sona ’me a re lumella ho bapala filimi eo ea rōna ea mahala a sa re lefise letho. E tlameha ebe basebetsi ba hae ba ile ba hasa molaetsa mabapi le filimi ena. Ha re fihla holong ea lifilimi, batho ba ne ba petetsane monyako hoo re ileng ra hloka thuso ea sepolesa hore re kene ka hare. Ntle ho batho ba neng ba hlahetse ka lifensetere, ho ile ha tla batho ba fetang 230 ho tla shebella filimi eo. Ka mor’a ketsahalo ena, re ile ra paka phatlalatsa.”

Ka July 1957 ho ile ha thehoa phutheho New Britain, toropong e ntle ea Rabaul e koung ea leoatle pakeng tsa lithaba tse peli tse ka ’nang tsa foqoha seretse se chesang neng kapa neng. Phutheho ea Rabaul e ne e kopanela ka mor’a ntlo e neng e hiriloe ke bo-pula-maliboho ba khethehileng. Pula-maliboho ea bitsoang Norm Sharein o re: “Batho ba fetang lekholo ba ne ba tla ntlong eo mantsiboea a mang le a mang ho tla ithuta Bibele. Re ne re ba arola ka lihlopha tsa ba ka bang 20 ebe re ba rutela tlas’a sefate re bonesitse lebone.”

Kopanong ea pele ea potoloho e ileng ea tšoareloa phuthehong ena, ho ile ha kolobetsoa batho ba supileng lebōpong la leoatle la moo. Nakoana ka mor’a moo, ba bahlano ba bona e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. Ebe ke tšimo efe eo ho neng ho ka ba molemo hore ba e sebetse? Ofisi ea lekala ea Australia e ile ea re ba sebetse tšimo ea Madang.

Toropong ea Madang e lebōpong le ka leboea-bochabela la Papua New Guinea, “masimo” a ne a butsoitse ’me a loketse hore a kotuloe. (Joh. 4:35) Bopaki ba seo ke hore batho ba thabelang molaetsa ba ne ba le bangata hoo sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi se neng se sa khone ho ba thusa kaofela. Ha pula-maliboho oa Mocanada ea bitsoang Matthew Pope a fihla le lelapa la hae ’me a reka ntlo e nang le likamore tse ngata tse ka ntle, ho ile ha e-ba bonolo hore ho romeloe bo-pula-maliboho ba bang.

Ho ile ha fihla bo-pula-maliboho ba robeli ba tsoang Rabaul eaba ba phatlalla le Setereke sa Madang. E mong oa bona ea bitsoang Tamul Marung, o ile a reka baesekele eaba o kena sekepeng se lebang motseng oa habo oa Basken, o bohōle ba lik’hilomithara tse 48 ka leboea ho Madang. Ka mor’a hore a bolele molaetsa Basken, o ile a khutlela Madang ka baesekele, a tsamaea a ntse a paka. Ka mor’a moo a khutlela Basken, a theha phutheho ’me ea e ba pula-maliboho ka lilemo tse ling tse 25. Ka eona nako eo, o ile a nyala eaba o ba le bana. Hamorao setloholo sa moholoane oa hae sa mosetsana hammoho le morali oa Tamul ba ile ba sebeletsa Bethele.

Ka eona nako eo, ha John le Lena Davison ba le Madang, ba ile ba kopana le Kalip Kanai, tichere ea motsaneng oa Talidig o pakeng tsa Basken le Madang. Ho e-s’o ee kae, John le Lena ba ne ba e-ea Talidig ho ea ithuta le Kalip le beng ka eena. Sena se ile sa halefisa mohlahlobi oa likolo oa Mok’hatholike, ’me a laela sepolesa hore se leleke Kalip le beng ka eena malapeng a bona. Sena ha sea ka sa tšosa sehlopha seo, empa se ile sa ea motseng oa boahisani oa Bagildig, ’me sa eketseha hoo e ileng ea e-ba phutheho e hōlang. Hamorao phutheho eo e ile ea haha Holo ea ’Muso e khōlō eo ho eona ho neng ho tšoareloa likopano tse khōlō le tse nyenyane. Hona joale ho na le liphutheho tse supileng le lihlopha tse peli Seterekeng sa Madang.

Ha mosebetsi o ntse o tsoela pele Madang, Jim Baird le John le Magdalen Endor ba ne ba tsoela pele hantle motseng o moholo oa Lae o sikileng le lebōpo la leoatle, o bohōle ba lik’hilomithara tse 210 ka boroa-bochabela. John o re: “Re ne re ithuta le batho ka lihlopha tse khōlō lapeng ha rōna hoo e ka bang mantsiboea a mang le a mang. Pele ho feta likhoeli tse tšeletseng, batho ba leshome bao re neng re ithuta Bibele le bona ba ile ba tsamaea le rōna tšimong.” Hamorao selemong seo, batho ba fetang 1 200 ba ile ba shebella filimi ea The New World Society in Action sebakeng seo ho shebelloang lifilimi ho sona Lae. Batho ba bangata ba neng ba e shebeletse, e ne e le basebetsi ba likonteraka ba ileng ba bolela litaba tse molemo ha ba fihla metseng ea habo bona e hōle lithabeng.

Ha u kenella ka hare ho naha u tloha motseng oa Lae, ho ne ho boetse ho e-na le bahoeletsi ba sehlahlo ba etsang mosebetsi o motle. Motseng oa Wau, monna e mong oa seqhenqha ea sefahleho se chitja ea bitsoang Jack Arifeae, ea neng a chesehela ho sebeletsa Jehova, o ne a thehile phutheho e tsoelang pele lapeng ha hae. Batho ba ka bang 30 ba morabe oa Makukukuku—bao e neng e le malimo a tšajoang—le bona ba ne ba ithuta Bibele ba bile ba hatela pele hantle moeeng.

Ka eona nako eo, motseng oa boahisani oa Bulolo, Wally le Joy Busbridge ba ne ba bolela litaba tse molemo ka cheseho ’me sena se ile sa halefisa Kereke ea New Tribes, e neng e nka hore sebaka seo ke sa eona. Ka lebaka la ho hatelloa ke kereke, mohiri oa Wally o ile a re ho eena, “Ha u sa tlohele bolumeli ba hao, u batle mosebetsi o mong.” Wally le Joy ba ile ba fallela Lae ’me ba tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli. Hamorao ba ile ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng ’me ba qeta lilemo tse ngata mosebetsing oa ho etela liphutheho.

Batho ba Popondetta, e leng torotsoana e ka boroa-bochabela ho Lae, ba ile ba bolelloa litaba tse molemo ha Jerome le Lavinia Hotota ba khutlela profinseng eo ea habo bona ba tloha Port Moresby. Jerome o ne a le sehlahlo ’me a sebelisa Mangolo ka tsela e susumetsang; Lavinia eena o ne a le mosa a bile a rata batho haholo. Hase ntho e makatsang hore ebe nakoana ka mor’a hore ba qale ho paka, mobishopo oa Chache o ile a tla lapeng ha bona a e-na le sehlopha se seholo sa balateli ba hae ’me a ba laela hore ba khaotse ho bolela litaba tse molemo. Empa Jerome le Lavinia ha baa ka ba tšoha. Ba ile ba tsoela pele ba bolela litaba tse molemo ba ba ba theha phutheho e nyenyane e chesehang.

Ka 1963, litaba tse molemo li ne li fihlile Wewak, e leng toropo e lebōpong le hōle le ka leboea la Papua New Guinea. Karl Teynor le Otto Eberhardt, bao e neng e le lihahi tsa Majeremane, ba ne ba haha sepetlele sa Wewak motšehare ’me mantsiboea le mafelong a beke ba ithuta le batho ba fetang 100 ba thabelang molaetsa. Mosebetsi oa bona oa ho bolela litaba tse molemo o ile oa halefisa moprista oa Kereke e K’hatholike ea moo eaba o bokella mahoohoo a ileng a lahlela sethuthuthu sa Karl le sa Otto ka leoatleng. E mong oa batlatsi ba moprista, eo e neng e le morena ea tsebahalang oa sebaka seo, hamorao mora e mong oa hae e ile ea e-ba Paki. Monna enoa o ile a khahloa ke liphetoho tseo mora oa hae a ileng a li etsa bophelong, kahoo a fetola maikutlo eaba o lumella Lipaki hore li bolele litaba tse molemo metseng e pusong ea hae.

HO THEHOA OFISI EA LEKALA

Ha baruti ba ntse ba leka ho rarolla seo ba neng ba re ke bothata bo bakoang ke Lipaki, barab’abo rōna ba ne ba nka mehato e matla ea ho ‘theha ka molao litaba tse molemo.’ (Bafil. 1:7) Kahoo, ka la 25 May, 1960, ’muso o ile oa ngolisa ka molao Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ngata. Seo se ile sa etsa hore ’muso o fe barab’abo rōna litša tseo ba ka hahang Liholo Tsa ’Muso le mehaho e meng eo ba ka e sebelisetsang mesebetsi e amanang le borapeli.

Ho ella qetellong ea selemo seo, ho ile ha boela ha thehoa ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower, Papua New Guinea. Ho ile ha khethoa John Cutforth hore e be mohlanka oa lekala. Empa kaha libaka tse hirisoang li ne li fokola, ofisi e ne e tla hlongoa hokae?

Bothata bona bo ile ba raroloha ha ho fihla banyalani ba bacha—e leng Jim le Florence Dobbins. Jim o ne a bile Lebothong la Sesole sa Metsing la United States le neng le le Papua New Guinea Ntoeng ea II ea Lefatše. Hamorao, eena le Florence ba ile ba amohela ’nete ’me ba ikemisetsa ho atolosa tšebeletso ea bona. Jim o re: “Ka 1958, mora e mong oabo rōna ea tsoang Port Moresby o ile a re etela ha re ntse re lula Ohio ’me a re bontša li-slide tsa Papua New Guinea. Hamorao, re ile ra fumana slide seo a neng a se siile ka phoso. Slide seo e ne e le sa se seng ba libaka tse ntle ka ho fetisisa tseo re kileng ra li bona. Mosali oa ka o ile a re: ‘Re tla mo romella sona ka poso.’ Empa ’na ka re: ‘A re mo isetse sona.’”

Ka mor’a selemo, Jim le Florence, hammoho le barali ba bona, e leng Sherry le Deborah, ba ile ba fallela ntlong e nyenyane e hahiloeng ka konkreite motseng oa Six Mile o haufi le Port Moresby. Nakoana ka mor’a moo, Jim o ile a bua le John Cutforth ka hore na ebe ofisi ea lekala e ka hlongoa hokae.

John o ile a bua ka pelo e bohloko a re: “Ke batlile hohle Port Moresby empa ha kea fumana sebaka sa ho hloma ofisi ea lekala.”

Eaba Jim o re: “Ho ka ba joang ha e ka hlongoa ha ka? Le ka sebelisa likamore tse tharo tse ka pele ’me ’na le lelapa la ka re tla lula likamoreng tse ka morao.”

Ho ile ha etsoa litokisetso ka potlako ’me ka la 1 September, 1960, ntlo ea ba ha Dobbins e ile ea ngolisoa ka molao e le ofisi ea lekala ea pele ea Papua New Guinea.

‘THIBELANG LIPAKI’

Khatelo-pele ena eohle e ile ea kukunela bahanyetsi ba rōna. Ho tloha ka 1960, bahanyetsi bao, e leng likereke tsa Bokreste-’mōtoana, mokhatlo o thusang masole a Australia (o bitsoang Returned & Services League, RSL) le mecha ea moo ea litaba, ba ile ba ikopanya ’me ba tsoa letšolo la ho senya Lipaki Tsa Jehova lebitso le ho leka hore li thibeloe.

Ho ile ha hla ha e-ba thata ha pampitšana e hlalosang boemo ba rōna tabeng ea ho tšeloa mali e tsamaisetsoa lingaka tse itseng, baruti le ba boholong. Joalokaha e le tloaelo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ke bona ba ileng ba bua pele. Ka la 30 August, 1960, koranta ea South Pacific Post e ne e e-na le sehlooho se seholo se reng, “Likereke li Halefisitsoe ke Taba ea Mali.” Sehloohong seo, baeta-pele ba likereke ba ne ba nyatsa Lipaki, ba re ke “bahanyetsi ba Kreste [le] lira tsa Kereke.”

Lihloohong tse latelang ba ile ba qala leshano la hore Lipaki Tsa Jehova li hlohlelletsa batho ho fetohela ’muso le hore lithuto tsa tsona li khothalletsa ho lofa sekolo, ho se lefe makhetho, ho tšehetsa bolumeli ba thepa le ho ba bohlasoa. Litlaleho tse ling tsa bohata li ne li bolela hore Lipaki li nka monyetla ka ketsahalo e neng e atametse ea ho fifala ha letsatsi e le hore li tšose batho le hore li “laole likelello tsa batho ba moo ba sa rutehang.” Sehlooho se seng se ngotsoeng ke baphatlalatsi ba koranta se ile sa ba sa nyatsa Lipaki ka ho re li “lula le batho ba metseng ebile li ja le bona le ho sebetsa le bona.” Koranta ea South Pacific Post e ile ea li nyatsa ka hore li ruta hore “batho bohle baa lekana” ea ba ea re Lipaki li “kotsi ho feta Makomonisi.”

Qetellong, ka la 25 March, 1962, RSL e ile ea kōpa ba boholong pusong ea likolone hore ba thibele Lipaki. Leha ho le joalo, ’muso oa Australia o ile oa hana kōpo eo phatlalatsa. Don Fielder o re: “Hohle ka har’a naha mosebetsi o ile oa tsamaea hantle ka mor’a hore ho etsoe tsebiso ena. Batho ba se nang leeme ba ile ba bona hore bahanyetsi ba rōna ha ba bue ’nete.”

TSELA E LEBA KA LITHABENG

Ka eona khoeli eo, Tom le Rowena Kitto ba ile ba tloha Port Moresby ’me ba nka leeto le boima le ileng la nka libeke tse ngata. Ba ne ba isa litaba tse molemo tšimong e e-s’o ka e sebetsoa, lithabeng tse matsutla-tsutla tsa New Guinea.

Lilemo tse 30 pele ho moo, Maaustralia a tsomang khauta a ile a fihla lithabeng tseo ’me a fumana hore ho na le batho ba ka bang milione ba sa tsebeng letho ka batho ba linaha tse ling. Batho ba lulang metseng eo e ka lithabeng ba ne ba tšohile ’me ba nahana hore batho ba basoeu ke baholo-holo ba bona ba tsohileng bafung.

Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba fihla kapele ka mor’a batho bana ba tsomang khauta. Rowena o re: “Ha baromuoa bao ba utloa hore rea tla, ba ile ba laela batho hore ba se ke ba re mamela. Empa taelo eo ea bona e ile ea etsa hore batho bana ba lithabeng ba tsebe hore rea tla. Kaha ba rata ho tseba lintho tse etsahalang ba ne ba re letetse ka tjantjello.”

Tom le Rowena ba ile ba bula lebenkele le lenyenyane motseng oa Wabag o bohōle ba lik’hilomithara tse 80 ka leboea-bophirimela ho toropo ea Mount Hagen. Tom o re: “Baruti ba ile ba laela balateli ba bona hore ba se ke ba reka ho rōna, ba se ke ba re rekisetsa thepa, kapa hona ho re buisa, ba ba ba ba qobella hore ba kōpe hore re amohuoe lisi ea setša. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea batho ba metse ena ba ile ba bona hore ha re tšoane le batho ba bang ba basoeu bao ba ba tsebang. Ba ne ba bona hore re sebelisana le bona ka mosa. Ha e le hantle, ba ne ba atisa ho lla ha ba bona re ba tšoara ka mosa ’me ba bolela hore ba batla hore re lule!”

MAMELLO E TSOALA KATLEHO

Ho tloha ka 1963, Lipaki tse ngata tse tsoang linaheng tse ling li ile tsa fallela metseng ena e lithabeng ho ea thusa hore mosebetsi oa boboleli o hatele pele. Bara le barali bao babo rōna ba ile ba sebetsa butle-butle ’me ba qetella ba boletse litaba tse molemo metseng eo kaofela ho tloha bochabela ho ea bophirimela, ba ntse ba theha lihlopha le liphutheho libakeng tse ngata.

Motseng oa Goroka o Profinseng e Lithabeng Tse ka Bochabela, ho ile ha thehoa phutheho e nyenyane eo qalong e neng e kopanela ha motho e mong. Hamorao, e ile ea haha ntlo ea joang e itekanetseng eo e neng e tšoarela liboka ho eona. Eaba ka 1967, e haha Holo ea ’Muso e ntle e nang le litulo tse 40. George Coxsen, ea sebelitseng tšimo ea metse eo e lithabeng ka lilemo tse leshome, o re: “Ke ile ka ipuela ke soasoa ka re, Armagedone e tla e be e fihle litulo tsena li e-s’o tlale. E ile ea ka nka le koenya hobane pele ho feta likhoeli tse 12, ho ne ho se ho e-na le batho ba bangata haholo ba tlang libokeng hoo re ileng ra tlameha ho theha phutheho ea bobeli!”

Ha u kenella hare ka bochabela, haufi le motse oa Kainantu, Norm Sharein o ne a ithuta Bibele le baahi ba motse ba fetang 50 ba neng ba tla ha hae letsatsi le leng le le leng. Hamorao Berndt le Erna Andersson bao e neng e le bo-pula-maliboho, ba ile ba hlokomela sehlopha sena ka lilemo tse peli le halofo. Erna o re: “E ne e le ka seoelo batho ba hlapang, ba ne ba apara habobebe, ba sa tsebe ho bala le ho ngola ba bile ba kena-kene mekhoeng ea ho sebelisana le bademona. Leha ho le joalo, kaha re ile ra ba thusa ka lerato le ka mamello, ka mor’a nakoana ba bang ba ne ba se ba pheta ka hlooho litemana tse 150 ba bile ba tseba ho li hlalosa.”

Berndt le Erna e ile ea e-ba metsoalle e meholo ea sehlopha sena. Erna o re: “Ha re abeloa ho ea Kavieng, basali ba ile ba nkhobokanela eaba baa lla, ba hla ba bokolla! E ne e re ha e mong a qeta ho ntumelisa ka ho mpholla matsoho le sefahleho meokho e ntse e keleketla, ho latele e mong. Nako le nako ke ne ke kena ka tlung ho ea lla ha Berndt a ntse a leka ho ba tšelisa, empa ba sa tšelisehe. Qetellong ha re tsamaea letšoele le ile la theosa thaba le matha ka mor’a koloi ea rōna, basali ba ntse ba bokolla. Ke sa ntse ke tšoara bothata ha ke hlalosa hore na pelo ea ka e ile ea e-ba bohloko hakae letsatsing leo. Ruri re labalabela ho bona baratuoa bao lefatšeng le lecha!” Bo-pula-maliboho ba bang ba ile ba ntšetsa pele mosebetsi oa Berndt le Erna, ’me ha thehoa phutheho e mofuthu motseng oa Kainantu.

HO JALA PEŌ EA ’MUSO HO BEHA LITHOLOANA

Mathoasong a bo-1970, ho ne ho e-na le sehlotšoana sa Lipaki se tsitsitseng toropong ea Mount Hagen, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 130 ka bophirimela ho Goroka. Toropo ena e ne e tumme ka ’maraka o moholo o buloang hang ka beke, oo baahi ba likete-kete ba neng ba tla ho ’ona ba tsoa metseng e e pota-potileng. Pula-maliboho ea sebete ea bitsoang Dorothy Wright o re: “Re ne re tsamaisa lingoliloeng tse ngata haholo ’marakeng ona.” Ha batho ba khutlela metseng ea habo bona, ba ne ba tsamaea ba fumane molaetsa oa ’Muso o neng o fihla libakeng tse hōle tseo bahoeletsi ba neng ba ke ke ba fihla ho tsona ka nako eo.

Hamorao, mora oa Dorothy ea bitsoang Jim Wright le pula-maliboho eo a neng a sebetsa le eona, e leng Kerry Kay-Smith, ba ile ba romeloa ka bochabela ho Mount Hagen motseng oa Banz, o seterekeng sa Wahgi Valley se botle bo hlollang moo ho lengoang tee le kofi. Sebakeng sena ba ile ba thulana le khanyetso e matla ea likereke, tse ileng tsa susumelletsa bana hore ba ba betse ka majoe ba be ba ba leleke metseng. Ha Kerry a e-ea kabelong e ’ngoe, Jim o ile a sala Banz, e le pula-maliboho a le mong. O re: “Hangata ke ne ke hlobaela bosiu ka ntlong ea ka e nyenyane ea joang ke rapela ke re, ‘Jehova, ha e le hantle ke batla’ng moo?’ Ho ile ha feta lilemo tse ngata pele ke fumana karabo ea potso eo.”

Jim o tsoela pele o re: “Ka 2007 ke ile ka tloha Australia ka ea kopanong ea setereke Banz. Haufi le moo ke neng ke hahile ntlo ea joang, ho ne ho sa tsoa hahoa Holo ea ’Muso e ntle e neng e ka atolosoa ka nakoana hore e be Holo ea Kopano e ka nkang batho ba 1 000. Ha ke fihla kopanong, mora e mong oabo rōna o ile a tla ho ’na a potlakile, a nshakarela, eaba o ntšela ka likhapha. Qetellong ha mor’abo rōna Paul Tai a se a itlhakotse meokho, o ile a mpolella hore ke ne ke khannela ntate oa hae thuto lilemong tse 36 tse fetileng. Hamorao Paul o ile a bala libuka tseo ntate oa hae a neng a ithuta ka tsona eaba o amohela ’nete. O ile a mpolella hore ke moholo.

Jim o re: “Nakong ea kopano, mor’abo rōna e mong o ile a buisana le ’na sethaleng ’me ka hlalosa hore na nakong e fetileng ha re le motseng oo oa Banz re ile ra mamella mahloriso a mofuta ofe. Hoo e ka bang e mong le e mong o ne a lla. Ka mor’a lenaneo, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba nkopa ’me ba kōpa tšoarelo ba ntse ba lla. Ha e sa le bashanyana, ba ile ba mphalalisa metseng ea habo bona, ba mpetsa ka majoe ba ntse ba nthohaka. Ntle ho moo, e mong oa bona, Mange Samgar—eo hona joale e leng moholo—e ne e le moruti oa Lutere ea neng a ba hlohlelletsa! Ka sebele kopanong ena ho ile ha e-ba monate ha ke boetse ke kopana le batho bao e leng khale ke ba qetetse!”

PEŌ E HŌLA LIBAKENG TSA MAHAENG

Le hoja batho ba bangata ba Papua New Guinea ba ile ba ithuta ’nete ka ho toba ho Lipaki, ba bang ba ithutile eona ha peō ea ’nete e fihla libakeng tsa mahaeng. (Moek. 11:6) Ka mohlala, hoo e ka bang ka 1970, khoeli le khoeli ofisi ea lekala e ne e fumana litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa motho eo e sa mo tsebeng, ea lulang motseng oa mahaeng o pel’a Nōka ea Sepik oo e sa o tsebeng le moo ho se nang phutheho. Ofisi ea lekala e ile ea kōpa molebeli oa potoloho ea bitsoang Mike Fisher hore a etse lipatlisiso.

Mike o re: “E le hore ke fihle motseng oo, ke ile ka tsamaea lihora tse leshome ka seketsoana linōkeng tse patisaneng tse moferong o tletseng monoang. Ke ile ka fihla motšehare oa mantsiboea ’me ka kopana le motho ea neng a ntse a romela litlaleho tseo, e ne e le monna ea ileng a khaoloa sebakeng se seng lilemong tse fetileng. O ne a khutletse ha habo, ’me a baketse libe tsa hae eaba o qala ho bolella batho ba bang litaba tse molemo. Motseng oo ho ne ho e-na le batho ba baholo ba fetang 30 ba neng ba ipitsa Lipaki Tsa Jehova, ’me ba bang ba bona ba tšoaneleha hore ba ka kolobetsoa. Nakoana ka mor’a moo, monna eo ea bakileng o ile a khutlisetsoa ka phuthehong, ’me ofisi ea lekala ea qala ho sebelisana le sehlopha seo.”

Ka 1992, molebeli e mong oa potoloho ea bitsoang Daryl Bryon, o ile a utloela ka motse o mong oa mahaeng o hōle le leoatle oo ho neng ho thoe batho ba oona ba thabela ho ithuta ’nete. Daryl o re: “Ha ke e-ea motseng oo, ke ile ka khanna koloi sebaka sa lik’hilomithara tse 80, ka tsamaea ka maoto hora le halofo har’a mofero o teteaneng eaba ke nka hora ke ntse ke soka seketsoana ho nyolosa le nōka. Ke ile ka makala ha ke bona mohaho o mocha-cha! o nang le letšoao le reng, ‘Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova’ o le lebōpong la nōka e pota-potiloeng ke melollope ea lithaba.

“Batho ba thabelang ho ithuta ba ka bang 25 ba ne ba kopanela holong eo ka Sontaha se seng le se seng hore ba ithute buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Kaha ba ne ba re ke Lipaki, ke ile ka ba botsa hore na ba hlafuna betel nut. Ba ile ba araba ka ho re: ‘Che. Re e tlohetse selemong se fetileng ha re amohela ’nete!’ U ka inahanela hore na ke ile ka thaba hakaakang ha ofisi ea lekala e kenya sehlopha seo lenaneng la liphutheho tseo ke li etelang!”

BAROMUOA BA FIHLA KA BONGATA

Lilemong tsa bo-1980 le bo-1990, ho ile ha khathoa tema e khōlō tšimong ea Papua New Guinea ha ho fihla letšoele la baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade, liithuti tse qetileng Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Australia, Canada, Engelane, Finland, Japane, Jeremane, New Zealand, Philippines, Sweden, United States le linaheng tse ling. Hangata ho tla ha bona e ne e e-ba tlhohonolofatso ka litsela tse ngata kaha hamorao, ba bang ba baevangeli bana ba ne ba nyala ebe balekane ba bona ba chesehang joaloka bona ba sebetsa le bona.

Ha ba fihla ka hare ho naha, ba bangata ba ne ba kena sehlopheng sa ho ithuta puo ea Setok Pisin kapa Sehiri Motu ka likhoeli tse peli kapa tse tharo. Ba ne ba ithuta puo hoseng ho hong le ho hong ebe motšehare oa mantsiboea ba ea tšebeletsong ho ea sebelisa seo ba ithutileng sona. Thupelo ena e ne e thusa ba bangata hore ka mor’a likhoeli tse seng kae ba khone ho fana ka lipuo le ho khanna lithuto tsa Bibele tse tsoelang batho molemo.

Ho ithuta puo e ncha le hona ho ile ha ba thusa hore ba be le mamello le qenehelo ha ba ruta batho ba sa tsebeng ho bala kapa ho ngola. Ka tsela eo, ba ile ba thusa batho ba bangata ba thabelang molaetsa hore ba tsebe ho ipalla Lentsoe la Molimo. (Esa. 50:4) Kahoo, palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ho tloha ho ba 2 000 ka 1989 ho ea ho ba 3 000 ka 1998, e leng keketseho ea liphesente tse 50 ka lilemo tse robong feela!

Le hoja hamorao boholo ba baevangeli bao ba ile ba tlameha ho tloha Papua New Guinea ka lebaka la ho kula kapa ka mabaka a mang, ba ile ba siea letlotlo. Ka sebele batho ba sa ntse ba thaba ha ba hopola botšepehi ba baratuoa bana le lerato la bona.—Baheb. 6:10.

MOSEBETSI OA HO HAHA O TŠEHETSA TSOELO-PELE

Ha bahoeletsi ba ’Muso ba ntse ba eketseha, ho ile ha hlokahala Liholo Tsa ’Muso, Liholo Tsa Kopano le mehaho ea lekala e meholo. Ho ile ha etsoa’ng hore mehaho ee e be teng?

Pele ho 1975, nako le nako Lefapha la ’Muso la Kabo ea Mobu le ne le seha litša tseo ho ka hahuoang mehaho ea bolumeli ho tsona. Likereke tse batlang litša li ne li kenya likōpo ebe li buella likōpo tsa tsona ka pel’a Komiti ea Kabo ea Mobu e khethiloeng ke ’muso. Kereke e atlehileng e ne e fuoa setša mahala, empa e lokela ho se haha pele ho feta nako e itseng.

Ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea baruti ba Bokreste-’mōtoana, ka 1963 Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba o ile oa fumana setša se botleng Port Moresby. Setša sena se leralleng se shebile sebakeng se setle haholo sa ’maraka oa Koki le metsing a maputsoa a Leoatle la Coral. Hamorao setšeng sena ho ile ha hahoa ofisi ea lekala e nang le mekato e ’meli le Holo ea ’Muso. Litša tse ileng tsa fumanoa hamorao Port Moresby li ile tsa sebelisetsoa ho haha Liholo Tsa ’Muso motseng oa Sabama, oa Hohola, oa Gerehu le oa Gordon.

Ho ne ho e-na le setša se botleng hoo e ka bang bohareng ba toropo ea Gordon, seo pele se neng se beheletsoe ka thōko molemong oa hore Kereke e khōlō ea Chache e tle e hahoe ho sona. Ron Fynn, ea sebelelitseng Papua New Guinea ka lilemo tse 25, o re: “Leha ho le joalo, ha Komiti ea Kabo ea Mobu e ntse e mametse bakōpi, molula-setulo oa eona o ile a bolella moruti oa Kereke ea Chache hore komiti ha e khahloe ke tsela eo ka eona kereke e ipokellang ka litša ’me hangata e li sebelisa hampe mererong ea khoebo. Molula-setulo o ile a phaella ka ho bolela hore Kereke ea Chache e ke ke ea hlola e fuoa litša tse ling ho fihlela komiti e kholisehile hore e sebelisa litša tseo e nang le tsona hona joale tumellanong le morero oo li fanoeng ka oona.

“Ha molula-setulo a qeta ho bua joalo, o ile a sheba ka ho ’na eaba o mpotsa hore na re batla setša hokae. Ke ile ka mo bolella hore sebaka sa pele seo re se ratang ke setša sa ‘kereke e khōlō’ se toropong ea Gordon. Moruti oa Chache o ile a raoha a batla ho hanyetsa, empa molula-setulo a mo laela ka ho toba hore a lule fatše. Ke ile ka qetela taba ea ka; ’me bohle ba neng ba le teng ba ile ba makala ha komiti e fa phutheho ea rōna setša seo.”

Setšeng sena ho ile ha hahuoa Holo ea ’Muso le ofisi ea lekala ea mekato e mene. Mehaho ena e mecha ea lekala e ile ea neheloa ka la 12 December, 1987. Setša sane se Koki se ile sa rekisoa. Pakeng tsa 2005 le 2010, lekala le ile la atolosoa ka mohaho oa bolulo o nang le mekato e mene, Holo ea ’Muso le ofisi ea phetolelo. Mehaho ena e ile ea neheloa ka la 29 May, 2010.

Kajeno, naheng ena ho na le Liholo Tsa ’Muso le libaka tse ling tseo ho kopaneloang ho tsona tse 89. Libakeng tse ngata tsa mahaeng, ho ntse ho sebelisoa lithupa le joang ha ho hahuoa libaka tseo ho kopaneloang ho tsona. Leha ho le joalo, litoropong tse khōlō, ho sebelisoa thepa ea morao-rao ea mohaho. Liholo tse ngata tse ncha li hahiloe ka lenaneo la linaha tse se nang lichelete kapa litsebi tse lekaneng, le qalileng ho sebetsa Papua New Guinea ka 1999.

HO MAMELLA LE HAR’A MATHATA

Malumeli a mangata a Papua New Guinea a ne a e-na le tumellano e sa ngoloang ea hore na kereke ka ’ngoe e laola sebaka sefe. Kereke ka ’ngoe e ne e e-na le sebaka sa eona ’me e lebeletse hore malumeli a mang a se ke a kena sebakeng seo. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova tsona li ruta batho bohle ba batlang ho utloa litaba tse molemo, ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae. Baruti ba ile ba halefisoa ke tsela ena eo Lipaki li bolelang litaba tse molemo ka eona le ho bona batho ba bangata ba amohela ’nete.

Norm Sharein o re: “Ha ke fihla sehlekehlekeng se senyenyane sa Kurmalak, se West New Britain, e mong oa batho ba pele ba ileng ba nketela e bile moprista oa Chache. O ile a re ho ’na: ‘Ha u na tokelo ea ho ruta pharisheng ea ka. Batho bana e se e ntse e le Bakreste!’

“Hamorao ke ile ka bona e mong oa liithuti tsa ka tsa Bibele a soka sekepe sa hae a potlakile a lebile lebōpong har’a pula ea litloebelele leoatleng le befileng. Ha e le hantle o ne a behile bophelo ba hae kotsing ka ho tsamaea leholimo le befile joalo. O ile a hulela seketsoana sa hae lebōpong ’me a tla ho ’na a hemela holimo, a mpolella hore ho tla sekepe se tletseng Mak’hatholike a tlil’o nkhakhatha a eteletsoeng pele ke mokatekista. Ho ne ho se na moo nka balehelang teng, eaba ke rapela Jehova hore a mphe bohlale le sebete.

“Ha sekepe se fihla, ho ile ha theoha banna ba 15 ba tlotsitseng lifahleho tsa bona ka ntho e khubelu—e leng se neng se bontša hore ba ikemiselitse ho etsa ntho e se kaa ka letho. Ha kea ka ka emela hore ba tle ho ’na, empa ka theohela ho bona. Pele ke ne ke tšohile, empa ka ba sebete. Ha ke ntse ke atamela ba ile ba nqholotsa ka ho ntlhapaola, ba nahana hore ke tla fela pelo ebe baa ntlhasela, empa ke ile ka khoba matšoafo.

“Ntate-moholo e mong eo ke neng ke mo khannela thuto ea Bibele, eo ha e le hantle e neng e le mong’a sehlekehleke seo le eena o ne a le teng moo. O ile a re: ‘Lipaki Tsa Jehova ha li loane. Mo otleng le tle le bone!’ Empa o ne a sa bue ka maikutlo a mabe.

“Ke ne ke ipotsa hore na o ka lehlakoreng la mang, ke lakatsa eka a ka ithōlela.

“Ka mor’a ho buisana le banna bana ka nako e itseng, ke ile ka ba khothalletsa hore ba tsamaee, eaba ke isa letsoho ho moeta-pele oa bona e le ho bontša hore ha ke moeeng oa ntoa. O ile a makala, ’me a sheba ba habo le bona ba mo sheba. Eaba o ntšoara ka letsoho. Sena se ile sa etsa hore moea o theohe, eaba kaofela re lumelisana ka ho tšoarana ka matsoho. Ka mor’a hore ba tsamaee, ke ile ka utloa ho re kokololo! Kelellong ea ka ho ile ha tla mantsoe ao Pauluse a ileng a a bolella Timothea ha a re: ‘Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, . . . le lule le ithibile bobeng.’”—2 Tim. 2:24.

Berndt Andersson o re motseng o mong o ka lithabeng, moruti oa Lutere le sehlopha sa banna ba ka bang 70 ba tsoang motseng o mong ba ne ba batla ho leleka Lipaki le ho chesa Holo ea tsona ea ’Muso. Sehlopha sena sa mahoohoo se ile sa makala ha Berndt a tsoela ka ntle ho motse ho ea se khahlanyetsa. O ile a ea ho moruti eaba o mo botsa hore na ke hobane’ng ha Malutere a re lebitso la Molimo ke Anutu, e leng lebitso leo baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba fumaneng batho ba moo ba le sebelisa eaba le bona baa le amohela. Moruti o ile a re le teng ka Bibeleng, kahoo Berndt a botsa hore na le hlaha hokae. Moruti a phetla Bibele, ’me ha ho hlaka hore o sitoa ho fumana lengolo leo, Berndt a mo kōpa hore a bale Pesaleme ea 83:18. Ka mor’a hore moruti a thusoe ho fumana buka ea Lipesaleme, a e bala ka lentsoe le phahameng. Ha a fihla moo lebitso la Jehova le hlahang teng, o ile a koala Bibele eaba oa hoeletsa o re: “Ke leshano!” Ha a re hepu! o ne a se a nyefotse Bibele ea hae. Ka mor’a ketsahalo eo, boholo ba balateli ba hae ba ile ba fetola maikutlo a bona ka Lipaki.

Ka linako tse ling batho ba bolumeli ba neng ba hanyetsa Lipaki ba ne ba chesa Liholo Tsa ’Muso tsa metseng ea mahaeng, joalokaha ba ile ba chesa ea motseng oa Agi, o Profinseng ea Milne Bay. Leha ho le joalo, e mong oa linokoane tse ileng tsa chesa Holo ena, ea neng a tahiloe ha e chesoa, o ile a ikoahlaea haholo. Ho bontša seo, o ile a ea ho barab’abo rōna hamorao, a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele ’me ea e-ba pula-maliboho. Ho feta moo, o ile a lumelloa ho lula ntlong ea bo-pula-maliboho e haufi le holo e hahiloeng bocha. Kahoo ea e-ba mohlokomeli oa holo e hahiloeng sebakeng seo ho neng ho lutse holo eo a e chesitseng!

Kajeno mahloriso a bolumeli a batla a felile. Craig Speegle o re: “Re kene nakong ea khotso. Empa ho hlahile bothata bo bong—e leng pefo e atisang ho bakoa ke lihlopha tsa linokoane le masholu tse bitsoang li-raskol. Kahoo, ha barab’abo rōna ba bolela litaba tse molemo libakeng tse kotsi, ba sebetsa ka lihlopha ’me ba lula ba behane leihlo.”

Baromuoa ba bang, e leng Adrian le Andrea Reilly, ba re: “Hoa thusa hore batho ba tsebe hore re Lipaki.” Adrian o re: “Ebang re mabenkeleng kapa re mosebetsing oa boboleli, ke hantle hore re tsamaee re nkile lingoliloeng. Hase hakaalo hore ha re etsa joalo re tla sireletseha ka ho feletseng, empa seo se ka thusa hobane batho ba tla bona ka ho hlaka hore re basebeletsi ba Jehova. Ka lekhetlo le leng, koloi ea ka e ile ea robehela sebakeng se kotsi motseng oa Lae. Ke ne ke le mong, ’me ka ho panya ha leihlo ke ha ke se ke bokanetsoe ke sehlopha sa bacha bao ha u ba sheba u sehoang ke letsoalo. Kaha ke ne ke sa tsoa buisana le bona ka Bibele, ba babeli ba ile ba ntseba. Ka lebaka leo, ba ile ba mpuella. Ntho e makatsang le e ileng ea etsa hore ke khobe matšoafo ke hore ha baa ka ba nkamoha letho ebile ha baa ka ba ntematsa, empa sehlopha seo kaofela se ile sa sutumetsa koloi ea ka e robehileng sa e khutlisetsa lehaeng la baromuoa le bohōle ba limithara tse 400.”

Ka nako e ’ngoe, morali’abo rōna o ne a le ’marakeng ha sehlopha sa li-raskol se tšoereng lithipa se mo hoesheletsa se re: “Tlisa mokotlana ona.” O ile a ba neha oona hang-hang, eaba baa baleha. Ka mor’a nako e seng kae, ba ile ba khutla, ba kōpa tšoarelo, ’me ba khutlisa mokotlana ba sa nka letho. Hobane’ng? Ba ile ba fumana Bibele le buka ea Ho Bea Mabaka ka mokotlaneng oo ’me ba ikutloa ba le molato ka seo ba se entseng.

MEKHOA E SA TŠOANENG EA HO PAKA

Elsie Thew, ea neng a sebeletsa Papua New Guinea le monna oa hae Bill, ho tloha ka 1958 ho fihlela ka 1966, o re: “Re ne re bolela litaba tse molemo hohle moo re fumanang batho teng. Re bua le batho metseng ea habo bona, ka matlung, majareteng le limmarakeng le litseleng tsa maoto, ’me re bua le batšoasi ba litlhapi ba mabōpong a leoatle le a linōka. Mehleng eo, re ne re boetse re tšoara ’mapa oa lefatše e le hore re bontše batho ba metseng e hōle ea mahaeng hore na re tsoa hokae. Ho ne ho le molemo hore re etse joalo hobane ka linako tse ling re ne re fihla ka sefofane, ’me kaha batho ba motse ba ne ba sa tsebe libaka tse ling lefatšeng, ba ne ba nahana hore re theoha leholimong! Kahoo re ne re ba bontša hore re hlaha sebakeng se seng hona lefatšeng lena.”

Barab’abo rōna ba ne ba ka sebelisa likepe kapa liketsoana feela hore ba fihle metseng e mengata e qalikaneng e moeling o lebōpong le nammeng la Papua New Guinea le e mabōpong a mangata a linōka. Steve Blundy o re: “Mor’abo rōna Daera Guba, oa Hanuabada, Port Moresby, o ne a se a hōlile ’me a e-na le tsebo e ngata ea ho sebetsa ka likepe. Ka tlas’a ntlo ea hae, o ne a behile lifate tse peli tse fatiloeng, kahoo ’na le mor’abo rōna eo ke neng ke bula maliboho le eena ra mo thusa ho fumana mapolanka ao a neng a a hloka hore a hahe mofuta oa sekepe sa moo se bitsoang puapua. Seile ea sona e ne e entsoe ka canvas. Re ile ra nka maeto a seng makae ho ea metseng e moeling oa lebōpo le pel’a Port Moresby; Daera a khanna sekepe a thusoa ke barab’abo rōna ba babeli kapa ba bararo ba Hanuabada.”

Ho ella bofelong ba bo-1960, Berndt Andersson o ne a sebeletsa New Ireland, e leng sehlekehleke se setle se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 650 ka leboea-bochabela ho sehlekehleke se seholo. Berndt o re: “Batho ba ne ba tla ho rōna ba tloha lihlekehlekeng tse nyenyane tse haufi ba kōpa hore re ba etele. Leha ho le joalo, re ne re ka ba etela hafeela re e-na le seketsoana e leng ntho e neng e bonahala e ke ke ea khoneha kaha re ne re fumana chelete e seng kae feela ka khoeli. Re ne re e-na le mapolanka a seng makae ao re a behileng ka mok’huk’hung, empa a sa lekane ho haha seketsoana. Kahoo re ile ra rapela Jehova mabapi le taba ena. Eaba re sa lebella, mor’abo rōna e mong oa Lae o re romella $200 e le hore re etele lihlekehleke tse ka thōko. Chelete eo e ile ea re thusa ho haha seketsoana seo re ileng ra se reha lebitso la Pioneer. Leha ho le joalo, se ne se se na enjene. Mora eo oabo rōna ea ratehang o ile a boela a re fa chelete e neng e hlokahala, ’me lekhetlong lena e le hore re reke enjene e nyenyane e lulang ka mor’a sekepe. Joale re ne re ka etela lihlekehlekeng tseo tse botle bo hlollang!”

Hoo e ka bang ka 1990, molebeli e mong oa potoloho ea bitsoang Jim Davies, hammoho le barab’abo rōna ba bang ba bararo, ba ile ba lokisetsa ho ea pakela batho ba kampong ea baphaphathehi e holimo-limo Nōkeng ea Fly pel’a moeli oa Indonesia. Barab’abo rōna ba ne ba kōpile marobalo ha mosali e mong ea thabelang ho ithuta, eo monna oa hae e neng e le mohlahlami oa motho ea okametseng kampo eo. Jim o re: “Leeto la ho nyolosa le Nōka ea Fly le ile la nka lihora tse ka bang peli ka seketsoana. Hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng, re ile ra fihla moo ho se nang lifate, eaba re bona tsela ea kerabole e eang kampong e hōjana. Re ile ra letela sepalangoang moo.

“Koloi e ile ea qetella e fihlile ka hora ea bohlano thapama. Ra laela thepa, ra palama, ’me ra tsamaea limithara tse ka bang 90 feela eaba setering sea robeha! Mokhanni ha aa ka a tšoenyeha, o ile a bona hore na bothata bo hokae eaba o nka terata, a kena ka tlas’a koloi, ’me a fasa litšepe tse fasolohileng. Ke ile ka re ka pelong, ‘Ha ho na moo re eang teng.’ Empa ke ne ke sa tsebe ntho eo ke e buang. Terata eo e ile ea tšoarella ka lihora tse hlano tseo ka tsona koloi e neng e hula ka mabili a mane ka lebaka la bobe ba tsela. Ho bontša hore e ne e hlile e le mpe, re ile ra qaoa ka makhetlo a mangata ’me ra tlameha ho sutumetsa koloi hore e tsoe seretseng. Re ile ra fihla ka hora ea leshome bosiung boo, re khathetse ’me re tletse liretse.

“Re ile ra qeta matsatsi a mararo re paka kampong eo, e neng e namme sebakeng sena sa meru e teteaneng, ’me ra tsamaisa lingoliloeng tsohle tseo re neng re e-na le tsona. Ho feta moo, re ile ra kopana le monna ea khaotsoeng ea ileng a re o batla ho khutlela ho Jehova. Re ile ra thaba ha re utloa hore o ile a qetella a khutletse ka phuthehong. Hona joale mosali oa hae hammoho le bana ba bang ba hae, le bona ke Lipaki. Mosali eane ea neng a thabela ho ithuta, eo ka mosa a ileng a re fa marobalo, le eena o ile a amohela ’nete hammoho le monna oa hae.”

MOSEBETSI OA POTOLOHO NŌKENG EA SEPIK

Nōka ea Sepik e haola le sebaka sa lik’hilomithara tse fetang 1 100; e tšoana le noha e khōlō e sootho, e tsoelipanang pakeng tsa lithaba ho ea fihla leoatleng. Libakeng tse ling nōka ena e sephara hoo ho leng thata ho bona ka mose oane. Nōka ena ke tsela e khōlō, e atisang ho sebelisoa ke barab’abo rōna, ho akarelletsa le balebeli ba tsamaeang le basali ba bona. A re utloe hore na leeto la molebeli oa potoloho le mosali oa hae le joang ha ba ntse ba etela liphutheho ba thatika le nōka ena e khōlō.

Warren Reynolds o re: “’Na le mosali oa ka, Leann, re tloha toropong ea Wewak esale hoseng, re faselelitse seketsoana sa rōna sa lesenke se bolelele ba limithara tse tharo le halofo ka holim’a koloi. Ka mor’a lihora tse tharo re le tseleng, boholo ba nako koloi e hula ka mabili a mane, re paka koloi pel’a nōka ka matsatsi a seng makae ebe re nyolosa nōka ho ea etela bahoeletsi ba ka bang 30 metseng e mene e sikileng le linōka tse fepelang nōka ea Sepik.

“Re laela thepa seketsoaneng sa rōna se nang le enjene e lutseng ka morao ea lik’hilowate tse 18, rea se lumisa ’me re nyolosa le nōka. Ka mor’a hora, re khelohela Nōkeng ea Yuat e fepelang Nōka ea Sepik, ebe re tsamaea lihora tse peli pele re fihla motsaneng oa Biwat. Ha re fihla moo barab’abo rōna le liithuti tsa bona tsa Bibele ba re amohela ka mofuthu, ba bang ba hula seketsoana sa rōna ba se beha lehaeng la e mong. Ka mor’a ho ja banana e phehoang ka lebese la kokonate, kaofela ha rōna re nyolosa thaba ka lihora tse peli re fohla mofero o liretse, bahoeletsi ba re eteletse pele ’me ba re nkisitse lintho tse hlokahalang. Qetellong re fihla motsaneng o bitsoang Dimiri, moo re nyorollang ka lebese la kokonate ebe re ala liphate re li koahela ka lesira le thibelang monoang ka tlung ea joang e tšehelitsoeng ka lipalo. Mantsiboea ha re qeta ho ja lipatata rea robala.

“Sebakeng sena ho na le bahoeletsi ba leshome le metso e mene ba lulang metsaneng e meraro. Re paka motseng ka mong ka matsatsi a seng makae a latelang, ’me re fumana batho ba bangata ba ratang ’nete. Hape rea thaba ha re bona liithuti tsa Bibele tse peli li ngolisa lenyalo ka molao ’me li tšoaneleha hore e be bahoeletsi ba ’Muso. Bahoeletsi ba bang ba etsa mokete oa lechato o itekanetseng ka ho pheha lipatata, sago, meroho le likhōhō tse peli.

“Ka Sontaha re thabela ho bona batho ba motse ba 93 puong ea phatlalatsa! Ka mor’a seboka sena, re jara thoto ea rōna, re khutlela Biwat har’a mp’a motšehare, moo re fihlang re e beha ha seithuti se seng sa Bibele ’me re sebetsa tšimo. Batho ba bangata ba nka lingoliloeng ’me ba bang ba lumela hore re ithute Bibele le bona. Bosiung boo ha re le ha seithuti sa Bibele, re ja re orile mollo, ’me mosi o leleka boieane ba menoang.

“Letsatsing le latelang, re khutlela seketsoaneng sa rōna ka malungoalungoana, re se kenya ka nōkeng ’me re kena tseleng har’a moholi oa hoseng; rea hlolloa ha re bona linonyana tsa mefuta-futa le ha re bona litlhapi tse ntseng li qhoma ka metsing. Re fapana ka litsela le malapa a palameng liketsoana tsa leqala tse patileng mohoasa tse laetseng thepa e ngata eo a il’o e rekisa ’marakeng oa moo.

“Ha re fihla koloing, re tšela mafura sekepeng, ebe re nka metsi a nooang le lintho tse ling tseo re li hlokang. Ka mor’a moo re boetse re tsamaea ka sekepe, lekhetlong lena re etela bahoeletsi ba 14 ba Kambot. Re fihla moo ka mor’a lihora tse peli, re re tee! ka lebaka la pula ea litloebelele. Ha re tloha Kambot, re nyolosa le nōka—lekhetlong lena seketsoana sa rōna se tletse bahoeletsi—re leba motseng o moholo o arotsoeng ke nōka. Re pakela batho bana ba ratang ’nete ho fihlela letsatsi le ea malikelong. Ha re khutla, re pakela batho ba emeng seemelong sa liketsoana se entsoeng ka lipalo tsa leqala tse phaphametseng. Kaha ba bone ha re nyolosa le nōka hoseng ba emetse hore re khutle. Batho ba bangata ha ba na chelete sebakeng sena sa mahaeng, kahoo ba re fa lijo tse kang likokonate, mokopu, tlhapi e natefisitsoeng ka mosi le libanana e le ho bontša hore ba ananela hore ebe re ba etetse ebile baa leboha ka lipampitšana tseo re ba sietseng tsona. Letsatsi le likela re se re fihlile Kambot moo re phehang lijo tsena.

“Mohaho oo liboka li tšoareloang ho oona Kambot o tšehelitsoe ka lipalo, ’me o tšoana le matlo a sebakeng sena. Nakong ea lipula, ha sebaka sohle se tletse metsi, batho ba soka liketsoana tsa bona ho ea fihla litepising tsa mohaho oo liboka li tšoareloang ho oona. Batho ba 72 ba ba teng puong ea phatlalatsa e tšoaroang qetellong ea ketelo ea rōna, ’me ba bang ba bona ba tsamaile ka maoto ka lihora tse hlano ho ea fihla libokeng.

“Ha re fihla koloing eo re e sebelisang mosebetsing oa potoloho, re laela seketsoana holim’a eona, ’me re nka leeto la lihora tse tharo ha re khutlela hae. Ha re le tseleng re buisana ka bara le barali babo rōna ba ratehang ba lulang pel’a Nōka ea Sepik. Re boetse re buisana ka lerato leo Jehova a ba ratang ka lona, le bonahalang linthong tseo mokhatlo oa hae o ba etsetsang tsona ho tiisa hore ba matlafatsoa ka Lentsoe la hae. Re fuoe tlotla e kaakang hore ebe re litho tsa lelapa lee le babatsehang!”

HO LOANA LE MEEA E KHOPO

Le hoja boholo ba batho ba Papua New Guinea ba re ke Bakreste, ba bangata ba boetse ba khomaretse litumelo tsa setso, tse akarelletsang le borapeli ba balimo ’me ba tšaba meea e mebe. Ho latela buka e ’ngoe e behang bahahlauli leseling, lilemong tsa morao tjena “batho ba khutletse ka matla linthong tsa boloi le bonohe.” Kahoo, hangata ha motho a kula kapa ho hlahile lefu, batho ba re ke ka lebaka la boloi kapa balimo.

’Nete ea Bibele e lokolla batho e le kannete linthong tse joalo. Ha e le hantle, esita le batho ba bang bao e neng e le bo-nkhekhe ba lumetse hore Lentsoe la Molimo le matla, ’me ba tlohetse mekhoa ea bona eaba ba amohela borapeli ba ’nete. Hlokomela mehlala ena e ’meli:

Soare Maiga ea neng a lula motsaneng o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ho tloha Port Moresby, o ne a tšajoa haholo kaha o ne a khona ho betsa. Leha ho le joalo, o ile a rata ho tseba seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang ’me a qala ho ea sehlopheng sa batho ba khanneloang thuto ea Bibele. Ka mor’a nakoana o ile a amohela ’nete ’me a fetola mekhoa ea hae. Empa ha a leka ho lahla thepa ea hae ea bongaka, e ne e khutlela ho eena ka mohlolo! Leha ho le joalo, kaha Soare o ne a ikemiselitse ho ‘hanyetsa Diabolose,’ ka letsatsi le leng o ile a tšela thepa ena eohle ka mokotlaneng eaba o kenya lejoe e le hore o be boima, ’me a ea o lahlela ka leoatleng Port Moresby. (Jak. 4:7) Lekhetlong lena lintho tseo ha lia ka tsa hlola li khutla. Ka mor’a moo, monna enoa ea sebete e ile ea e-ba Paki e chesehang ea Molimo oa ’nete, Jehova.

Kora Leke e ne e le senohe ’me a phekola ka methokho. Leha ho le joalo, eitse ha a qala ho ithuta Bibele, a sōkōla ha a leka ho khaohana le moea o neng o mo thusa litabeng tsa bonohe. Joaloka Soare, Kora o ne a ikemiselitse ho khaohana le bademona, ’me Jehova a mo thusa hore a atlehe. Hamorao e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla ea ba ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng. Esita le ha a se a hōlile, ’me maoto a hae a tetema, mora enoa oabo rōna ea tšepahalang o ile a tsoela pele ho bolella baahelani ba hae litaba tse molemo.

Kora o ne a fihla joang sebakeng seo a neng a rata ho paka a le ho sona? Barab’abo rōna ba ne ba mo khanna ka kiribae, e leng eona feela tsela eo ba neng ba ka khona ho mo tsamaisa ka eona. Hamorao mor’abo rōna ea sebetsang lekaleng ea tsebang mesebetsi ea matsoho o ile a nka foreimi ea tšepe ea setulo se tloaelehileng, mabili a baesekele le seile e boima ’me ka mosa a mo etsetsa setulo sa likooa. Setulo sena se ile sa thusa Kora hore a ikise libakeng tse ngata, ’me o ile a hla a se sebelisa! Ruri mohlala oa batho bana ba hōlileng oa khothatsa, ’me e tlameha ebe ba thabisa pelo ea Jehova.—Liprov. 27:11.

HO RUTA BATHO HO BALA LE HO NGOLA

Baroma 15:4 e re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.” Ho hlakile hore Molimo o batla hore batho ba hae ba tsebe ho bala le ho ngola. Kahoo, joalokaha re se re boletse, Lipaki Tsa Jehova tsa Papua New Guinea li ile tsa ikitlaelletsa ho ruta batho ho bala le ho ngola.

Ke ’nete hore ho ithuta ho bala le ho ngola hase ntho e bonolo, haholo-holo ho batho ba hōlileng, empa hangata haeba motho a ikemiselitse ho ithuta oa atleha. Ka sebele Lentsoe la Molimo le ka sebetsa ka matla ho batho ba maemo a tlaase ka ho fetisisa le ba sa rutehang ho hang.

Nahana ka mohlala oa Save Nanpen, mohlankana oa sebakeng se pel’a mohloli oa Nōka ea Sepik. Ha Save a fallela Lae, o ile a fumana batho ba motseng ona o tsoetseng pele ba phela ka tsela e fapaneng ka ho feletseng le eo ho pheloang ka eona metseng ea mahaeng. Ho feta moo, o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova, ’me tsa mo bolella molaetsa oa tšepo ea ’Muso. Molaetsa oo o ile oa ama pelo ea hae, eaba o qala ho ba teng libokeng tsa Bakreste, ’me ka mor’a nakoana a tšoaneleha hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Leha ho le joalo, o ile a ba leqe ho nka bohato bo latelang—e leng ba kolobetso. Hobane’ng? O ne a tšepisitse Jehova hore a ke ke a kolobetsoa pele a tseba ho ipalla Bibele. Kahoo o ile a ithuta ka thata a ba a finyella lintho tseo a neng a batla ho li etsa tse amanang le borapeli.

Batho ba bangata ba sa ntse ba sa tsebe ho bala le ho ngola, empa ho se ho e-na le likolo libakeng tse ngata, ’me bana ba Lipaki ba kena likolo tseo. Ha e le hantle bacha ba rōna ba bangata ba beha mohlala o motle tabeng ea ho tseba ho bala le ho ngola, ’me ntho e khathileng tema e khōlō ke thuto eo ba e fumanang ka lapeng le thupelo eo ba e fumanang libokeng tsa phutheho tse kang Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

LINNETE TSA BIBELE LI FETOLA BOPHELO

Moapostola Pauluse o itse: “Lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li matla ka Molimo bakeng sa ho phethola lintho tse metseng ka matla.” (2 Bakor. 10:4) Ka linako tse ling temana e le ’ngoe feela e ka fetola bophelo ba motho, joalokaha e ile ea fetola bophelo ba mosali ea bitsoang Elfreda. Ka mor’a hore Elfreda a bontšoe lebitso la Molimo ka Bibeleng ea hae ea Sewedau, o ile a le sheba ka har’a encyclopedia, e leng se ileng sa mo kholisa hore seo Bibele e se buang ke ’nete. O ile a re ka pelong, ‘Lipaki Tsa Jehova li ruta ’nete.’ Leha ho le joalo, monna oa hae, Armitage, o ne a sa batle Lipaki le moo li hatileng teng. E ne e le letahoa le hlafunang betel nut a bile a tsuba koae, hape e le sefela-peloana.

Ka mor’a hore Armitage a tlohele mosebetsi motseng oa Lae, eena le Elfreda ba ile ba fallela Alotau, Profinseng ea Milne Bay, moo ho neng ho se na Lipaki. Elfreda o ile a lokisetsa hore khoeli le khoeli a romelloe makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! ka poso, eaba o ithuta ka ngollano le pula-maliboho ea bitsoang Kaylene Nilsen. Kaylene o re: “Elfreda o ne a nthomella likarabo tsa hae ka lengolo beke e ’ngoe le e ’ngoe.”

Hamorao Geordie le Joanne Ryle, ba tsoang sekolong sa Gileade ba ile ba romeloa Milne Bay, ’me ba etela Elfreda ho ea mo khothatsa le ho sebetsa tšimo le eena. Geordie o re: “Armitage o ile a kōpa hore ke mo khannele thuto ea Bibele. Ka lebaka la botumo ba hae, ke ne ke ipotsa hore na ha e le hantle o rerile’ng. Empa ka mor’a ho qeta khoeli ke ithuta le eena, ke ile ka bona hore o tiile. O ile a kolobetsoa ’me a qetella e le mohlanka ea sebeletsang.” Hona joale, bana ba hae, litloholo tsa hae le litloholoana ke Lipaki, ’me setloholo sa hae se bitsoang Kegawale Biyama eo mantsoe a hae a boletsoeng pejana ke setho sa Komiti ea Lekala Port Moresby.

Ha Don le Shirley Fielder ba ntse ba bula maliboho motseng oa Hula, ba ile ba qala thuto ea Bibele le Alogi le Renagi Pala. Don o re: “Alogi e ne e le lesholu ’me a lula a loana le batho. O ne a sentsoe litšobotsi ke lefu la letlalo le tšoarang batho ba sebakeng se chesang le se mongobo, ’me karolo e ’ngoe ea molomo oa hae e jeloe ke liso. Ho feta moo, eena le mosali oa hae ba ne ba hlafuna betel nut, kahoo hangata lipakeng tsa meno a bona a ntšofetseng ho ne ho e-ba le ’mala o mofubelu o reng tlere! U ne u ke ke ua lebella hore Alogi a khahloe ke ’nete. Empa eena le mosali oa hae ba ile ba rata ’nete, ’me ba ne ba tla libokeng ebe ba lula ka morao-rao ba khutsitse.

Don o re: “Nakong ea likhoeli tse tšeletseng, re ile ra hlolloa ke kamoo Alogi a ileng a fetoha kateng. O ile a tlohela ho utsoa, ho loana le ho pheha khang le batho ’me eena le Renagi ba itlhoekisa ba ba ba qala ho ba le seabo libokeng. Hape ba ile ba qala ho bolela litaba tse molemo hammoho le ba bang. Ha e le hantle bona le batho ba seng bakae e ile ea e-ba bahoeletsi ba pele motseng oa Hula.”

Abel Warak o ne a lula sehlekehlekeng sa New Ireland ’me a tšoeroe ke lepera. Ka lebaka leo o ne a shoele maoto le matsoho. Ha Abel a qala ho utloa ’nete, o ne a tsamaea ka thata ’me a sulafaletsoe ke bophelo. Leha ho le joalo, ha a fumana ’nete, o ile a fetola ka ho feletseng maikutlo a hae le tsela eo a talimang lintho ka eona, e leng se ileng sa mo tsosa molota. Ha nako e ntse e ea, o ile a khona le ho nka bopula-maliboho. Pele o ne a tšoasa litlhapi e le hore a je lijo tse matlafatsang, empa kaha joale o ne a se a shoele maoto, o ne a sitoa ho tsamaea majoeng a lebōpong la leoatle. Kahoo barab’abo rōna ba ile ba mo rekela likhohlopo tse fihlang mangoleng. O ile a ba a ithuta ho soaela baesekele, e leng se neng sa mo thusa hore a ee libakeng tse hōle ho ea bolela litaba tse molemo. Ha e le hantle, ka linako tse ling o ne a tsamaea ka baesekele sebaka sa lik’hilomithara tse 100 ho ea etsa maeto a ho boela, ’me ka lekhetlo le leng o ile a tsamaea ka baesekele ea hae a ea sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 145 a il’o mema monna ea ratang ’nete hore a tle Sehopotsong.

Ka linako tse ling, esita le ba neng ba le hlaha joaloka liphoofolo, “tsebo ea Jehova” e ba thusitse hore ba etse liphetoho tse khōlō bophelong. (Esa. 11:6, 9) Ka mohlala, ka 1986, batho ba ka bang 60 ba metsaneng e ’meli e pel’a Banz ba ile ba tla kopanong ea setereke ea Lae ’me ba lula litulong tse ka pele. E ne e se e le nako e telele batho bana ba metseng e ka lithabeng e le lira tse lulang li loantšana. Empa ka mor’a hore bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ba bolelle litaba tse molemo, ba ile ba etsa qeto ea ho phelisana ka khotso. Seo batho bana ba se entseng se re hopotsa mantsoe a Zakaria 4:6 a reng: “‘Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” Moea oona oo o boetse o susumelitse batho ba bangata ba lipelo li ntle hore ba iphaphathe le melao ea Bibele ea boitšoaro.

HO HLOMPHA MPHO EA MOLIMO EA LENYALO

Ka lebaka la meetlo le likereke tsa Bokreste-’mōtoana, ho tloaelehile hore linaheng tse ngata batho ba hlokomolohe seo Mangolo a se rutang ka lenyalo. (Mat. 19:5; Bar. 13:1) Ho joalo le Papua New Guinea. Kahoo, e le hore ba thabise Jehova, batho ba bangata ba neng ba lula hammoho ba sa nyalana kapa ba le manyalong a sethepu, ba entse liphetoho tse khōlō bophelong. Ka mohlala, nahana ka Francis le mosali oa hae, Christine.

Ha Francis a qeta ho tlohela mosebetsi oa sesole, o ile a arohana le mosali oa hae. Christine le bana ba bona ba babeli ba ile ba khutlela motsaneng oa habo o Sehlekehlekeng sa Goodenough, se Profinseng ea Milne Bay, eaba Francis o khutlela Mount Hagen. Ha Francis a ntse a le moo, o ile a qetella a lula le mosali e mong le bana ba mosali eo. Ba ne ba kena Kereke ea Assemblies of God. Ha nako e ntse e ea, mosali enoa o ile a eteloa ke Lipaki ’me a qala ho ithuta Bibele. Hamorao Francis le eena o ile a rata ho ithuta, ’me ka mor’a nako e seng kae ka bobeli ba ea libokeng tsa Bakreste.

Francis o ne a batla ho ba mohoeletsi oa ’Muso, ka lebaka leo o ile a lokela ho lokisa boemo ba lenyalo la hae. Ka mor’a hore a rapelle taba ena, o ile a e buisana le mosali eo a neng a lula le eena. Ha ba qeta ho buisana, mosali enoa le bana ba hae ba ile ba ea lula ntlong e ’ngoe, eaba Francis o ea ho Christine, le hoja ba ne ba se ba qetile lilemo tse tšeletseng ba arohane. Ha ho potang hore Christine le ba habo ba ile ba makala haholo ha ba bona Francis. Francis o ile a ba balla Mangolo ’me ka mosa a ba hlalosetsa kaofela hore o batla ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova. Eaba o kōpa mosali oa hae hore a khutlele Mount Hagen le bana ba bona ’me ba lule hammoho hape e le lelapa. Bohle ba ile ba tsota tsela eo a fetohileng ka eona. Christine o ile a lumela ho tsamaea le monna oa hae, ’me eena a buseletsa ba bohoeng ba hae chelete eohle eo ba ’nileng ba hlokomela lelapa la hae ka eona ka lilemo tseo tse fetang tse tšeletseng.

Ha Christine a fihla Mount Hagen, le eena o ile a qala ho ithuta Bibele, empa pele ho ne ho hlokahala hore a ithute ho bala. Ha a ntse a ithuta, o ile a tlohela ho hlafuna betel nut le ho tsuba koae. Hona joale banyalani bana ke bahlanka ba Jehova ba inehetseng.

BANA BA HLOMPHANG ’MŌPI OA BONA

Bana ba bangata ba Papua New Guinea ba fane ka bopaki bo botle hobane ka sebete ba ile ba mamela matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele. Ka mohlala, mathoasong a 1966 mosuoe oa sekolo sa praemari o ile a bolella bana ba supileng ba Lipaki hore ho lebeletsoe hore ba lumelise folakha nakong ea litšebeletso tse neng li tla tšoaroa bekeng e latelang. Ha nako eo e fihla, bana bao ba supileng kaofela ba ile ba hana ho lumelisa folakha ka pel’a bana ba sekolo ba ka bang 300 ba neng ba bokane moo. Ka lebaka leo ba ile ba lelekoa, le hoja batsoali ba bona ba ne ba ile ba ngola mangolo ba kōpa hore bana ba bona ba se ke ba kopanela litšebeletsong tseo. Moholo oa phutheho ea moo o ile a ipiletsa ho ba boholong ’musong oa Papua New Guinea le oa Australia.

Ka la 23 March ’Musi oa Australia ea neng a tsamaisa litaba Papua New Guinea o ile a letsetsa ba boholong sekolong seo a ba laela hore bana bao ba busetsoe sekolong hang-hang. Molao o ne o tšehelitse borapeli ba ’nete esita le tabeng ena e nyenyane. Le kajeno ’muso oa Papua New Guinea o sa ntse o hlompha tokelo ea bana ea hore ba se ke ba lumelisa folakha ha matsoalo a bona a ba hanela.

“Bana le ba anyang” le bona ba ka rorisa Jehova ka litsela tse ling. (Mat. 21:16) Ka mohlala, nahana ka Naomi oa metseng e ka lithabeng, eo batsoali ba hae Joe le Helen e neng e se Lipaki. Naomi o ne a ka ba lilemo li tharo, ha a tsamaea a il’o lula Lae le ausi oa Helen eo e leng Paki e chesehang, ’me a qeta nako e ka etsang selemo moo. Naomi o ne a atisa ho tsamaea le nkhono oa hae tšimong, a mo pepile ka thari. Kahoo, Naomi o ile a tseba litšepiso tsa ’Muso oa Molimo, haholo hobane nkhono oa hae o ne a mo ruta ka litšoantšo tse ka har’a Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele.

Ha Naomi a se a khutletse habo, o ile a nka buka ea Lipaki, a tsoela ka ntle, eaba o ema monyako ’me o kokota haholo. Batsoali ba hae ba hoeletsa ba re: “Kena ka tlung.” Ngoananyana enoa o ile a kena eaba o re: “Lumelang. Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me ke tlil’o buisana le lōna ka Bibele.” Ha Joe le Helen ba makala, Naomi a tsoela pele a re: “Bibele e re lefatše lena e tla ba Paradeise, ’me re tla busoa ke Morena a le mong, e leng Jesu. Lintho tsohle tseo re li bonang li entsoe ke Jehova.”

Joe le Helen ba ile ba tsieleha. Eaba Joe oa khotsa o re ho mosali oa hae: “Khele! ebe batho ba tla re’ng? Hosasa u mpe u mo notlelle ka tlung.”

Ka la hosasane ha batsoali ba hae ba lutse ka ntle, Naomi o ile a kokota haholo leboteng la kamore ea hae. Joe a re: “Tloo ka ntle.” Naomi a tsoa, eaba o ba bolella molaetsa ka tsela e ’ngoe, o re: “Lumelang. Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me ke tlil’o le bolella litaba tse molemo. Batho ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng. Empa ba bohale le ba etsang lintho tse mpe ba ke ke ba phela Paradeiseng.” Helen o ne a ferekane eaba oa bokolla, ’me Joe a raoha a fihla a itahlela betheng.

Kaha Joe o ne a ipotsa lipotso, bosiung bona boo o ile a phetla Bibele ea hae ea King James ’me ka tšohanyetso a bona moo lebitso la Jehova le hlahang teng. Hoseng ha le latelang, ha aa ka a ea mosebetsing, ho e-na le hoo o ile a ngolla Lipaki lengolo eaba o khanna koloi o le isa Holong ea ’Muso e Mount Hagen, e bohōle ba lik’hilomithara tse 40.

Barab’abo rōna ba ile ba etela Joe le Helen ’me ba lokisetsa ho ba khannela thuto ea Bibele ea kamehla. Ba ile ba ba ba ruta Helen ho bala. Joe le Helen ba ile ba qetella ba kolobelitsoe, ’me Helen a thusa liithuti tse ling tsa Bibele hore li ithute ho bala—sena sohle se etsahetse hobane ngoananyana eo a ile a ba le lerato le matla la ho rorisa Jehova!

HO IKITLAELLETSA HO EA LIPOKANONG TSA BOKRESTE

Libakeng tse ling tsa lefatše, ha barab’abo rōna ba ea libokeng le likopanong tsa Bakreste ba tsamaea mebileng e meholo e nang le sephethephethe e bileng e tletseng litšila, kapa litseleng tsa maoto tse phetheselang tse tsamaeang ka tlas’a lefatše. Empa bothata ba Papua New Guinea ke hore libakeng tse ngata ha ho na mebila e metle le lipalangoang. Kahoo, malapa a mangata a tlameha ho tsamaea sebaka se itseng ka maoto kapa ka seketsoana kapa ka tsona ka bobeli.

Ka mohlala, bahoeletsi hammoho le bana ba bona ba atisa ho tsamaea ka maoto sebaka se etsang lik’hilomithara tse fetang 160 lithabeng tse matsutla-tsutla moo ho thellang ha ba ea Port Moresby kopanong ea setereke e tšoaroang selemo le selemo. Leetong la bona le boima le nkang beke kaofela, ba tsamaea tseleng e tummeng e bitsoang Kokoda Trail, e leng moo ho loannoeng lintoa tse ngata tse mahlo-mafubelu nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ba nka lijo, lipitsa, liaparo le lintho tse ling tseo ba tla li sebelisa kopanong.

Barab’abo rōna ba Sehlekehlekeng se Senyenyane sa Nukumanu se hōle le tse ling, ba atisa ho ea likopanong motseng oa Rabaul, o bohōle ba lik’hilomithara tse 800 ka bophirimela. Jim Davies o re: “E le hore ba etse bonnete ba hore ba fihla ka nako, ka linako tse ling ba tloha libeke tse tšeletseng pele ho kopano kaha likepe tse eang sebakeng seo ha li tšepahale. Le ha ba khutla ho na le lintho tse ngata tse etsang hore ba se ke ba tiiseha hore na ba tla khutla neng. Ka nako e ’ngoe seketsoana se le seng feela se tsamaelang Nukumanu se ile sa fapohela Australia ho ea lokisoa, eaba beng ba sona ba ba le mathata a lichelete. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ile ba fihla hae ka mor’a likhoeli tse tšeletseng! Ke ’nete hore hase kamehla ho bang joalo, empa ho tloaelehile hore sekepe se liehe ka libeke tse ’maloa, ebe bahoeletsi ba tsielehileng ba tlameha ho lula ha Lipaki tse ling kapa ha beng ka bona.”

MOHLALA O MOTLE OA BAROMUOA

Ho ka ba boima hore baromuoa ba sebeletsang linaheng tse ling ba tloaele maemo a bophelo ba moo haeba a se matle joaloka a habo bona. Empa joalokaha ba bangata ba bontšitse, ba ka khona ho itloaetsa boemo boo, e leng seo hangata batho ba sebakeng seo ba se ananelang. Ha mosali e mong oa Papua New Guinea a bua ka baralib’abo rōna ba bang ba babeli ba baromuoa ba neng ba mo khannela thuto ea Bibele o re, “Ba basoeu ka lebala, empa lipelo tsa bona li tšoana le tsa rōna.”

Baromuoa ba bang ke balebeli ba tsamaeang. E le hore ba etele liphutheho, ba ka ’na ba tlameha ho tsamaea ka sepalangoang sefe kapa sefe seo ba se fumanang. Ke sona seo Edgar Mangoma a neng a se etsa. Libaka tseo a neng a potoloha ho tsona li ne li akarelletsa metse e tikolohong ea Nōka ea Fly le Letša la Murray. Edgar o re: “Ha ke etela liphutheho tse peli tse pel’a letša, ke ne ke tsamaea ka seketsoana—ka linako tse ling ke tsamaea ka se nang le enjene ’me ka tse ling se se nang enjene. Ha ke tsamaea ka seketsoana se se nang enjene, ke ne ke nka lihora tse robeli ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Hangata ke ne ke felehetsoa ke barab’abo rōna ba bararo kapa ba bane, ’me ba tseba hore ha ba qeta ho ntšiea, ba tlameha ho soka seketsoana ha ba khutlela hae. Ruri ke ne ke ananela seo ba se etsang!”

Ka mohlala oa bona o motle, o akarelletsang le boikokobetso ba bona le lerato la bona, baromuoa ba fane ka bopaki bo babatsehang. Molebeli e mong oa potoloho o itse: “Batho ba motse ba ne ba hlolloa ha ba bona ke lula le batho ba ratang ’nete malapeng a bona, ke bile ke e-ja le bona. Ha e le hantle, batho ba bang ba motse ba ’nile ba re ho ’na: ‘Le rapela Molimo ka pelo eohle. Baruti ba rōna ha ba itsoakanye le rōna joaloka lōna.’”

Na ho thata hore baralib’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba tloaele bophelo ba Papua New Guinea? Ruth Boland, eo monna oa hae David e neng e le molebeli ea tsamaeang, o re: “Likhoeling tse seng kae tsa pele, ho ne ho le thata haholo. Hangata ke ne ke nahana hore ho molemo ke tlohele. Empa kea leboha hore ebe ha kea ka ka tlohela, hobane seo se ile sa nthusa hore ke rate bara le barali beso ’me ke ba nke e le ba bohlokoa. Ha nako e ntse e ea, ’na le monna oa ka re ile ra ameha haholo ka batho ba bang ho e-na le ho ameha haholo ka lintho tse re amang. Ka sebele seo se ile sa re thabisa haholo. Re ne re se na letho linthong tsa ho iphelisa, empa re ruile tumelong. Re ile ra bona ha Jehova a re tataisa linthong tse ngata—e seng feela tse mabapi le ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo empa le tse amang bophelo ba rōna. Ha u kolla ntsi hanong—u itšetleha ka Jehova haholo ’me oa u hlohonolofatsa.”

HO KUPA NTOA EA LEHAE BOUGAINVILLE

Ka 1989, Sehlekehlekeng sa Bougainville, lequloana la lingangele leo e neng e le khale le batla hore sehlekehleke sena se fumane boipuso le ile la qetella le ntšitse bohale ba lona ka hore le tsose ntoa ea lehae e ileng ea aparela sehlekehleke seo kaofela. Ntoeng ena e nkileng lilemo tse 12, batho ba 60 000 ba ile ba tlameha ho baleha metseng ea habo bona, ’me ba 15 000 ba shoa. Bahoeletsi ba bangata ba ne ba le har’a ba ileng ba tloha metseng ea habo bona, ’me boholo ba bona ba balehela libakeng tse ling tsa Papua New Guinea.

Nakoana pele mor’abo rōna oa pula-maliboho ea bitsoang Dan Ernest a tloha sehlekehlekeng sena, o ile a tšoaroa ke masole a Lebotho la Marabele la Bougainville (Bougainville Revolutionary Army [BRA]) ’me a mo isa mohahong o moholo oa polokelo ea thepa. Dan o re: “Molaoli oa lebotho la BRA o ne a le teng ka moo a apere junifomo, a qhoaetse limentlele tse ngata ’me a kentse sabole thekeng.

O ile a re, “‘Na ke uena Dan Ernest?’

Ka re, “‘E.’

“Eaba o re, ‘Ke utloa ho thoe u ne u le mpimpi ea Lebotho la Tšireletso la Papua New Guinea.’

“Ke ile ka mo hlalosetsa hore Lipaki Tsa Jehova ha li kene lintoeng tsa naha leha e le efe, empa o ile a nkena hanong a re: ‘Rea tseba! Re ne re le shebile. Malumeli a mang a ne a tšehetsa mang kapa mang eo a neng a bona eka oa hlōla. Bolumeli ba lōna ke bona feela boo ho hang bo neng bo sa jele paate.’ A boela a re: ‘Ntoa ena e ferekantse batho ba habo rōna haholo kahoo ba hloka hore le ba bolelle molaetsa oa lōna o khothatsang. Re ka rata hore le lule Bougainville ’me le tsoele pele ho ba ruta. Empa haeba le tlameha ho tsamaea, ke tla etsa bonnete ba hore le fumana thepa ea lōna kaofela ha eona.’ Ka mor’a libeke tse peli, ’na le mosali oa ka re ile ra romeloa Sehlekehlekeng sa Manus hore re e’o bula maliboho teng ’me molaoli enoa o ile a phethahatsa tšepiso ea hae.”

Ofisi ea lekala e ne e sebetsa ka thata hore e lule e buisana le bahoeletsi ba sebakeng seo ba anngoeng ke ntoa ’me le hoja sesole sa metsing se ne se thibela likepe, e ile ea khona ho romela lijo, meriana le lingoliloeng. Molebeli oa potoloho ea neng a etetse sebaka seo o ile a ngola tlaleho e latelang: “Hohle moo motho a eang teng o bona tšenyo e bakiloeng ke ntoa, empa bara le barali babo rōna ba ntse ba le maphathaphathe mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ba bile ba tšoara liboka. Ho feta moo ba khanna lithuto tsa Bibele tse ngata.”

Ka 2001, lihlopha tsena tse loantšanang li ile tsa qetella li entse selekane sa khotso se ileng sa etsa hore Bougainville le lihlekehleke tse pel’a eona li fumane boipuso. Hona joale ha ho na Lipaki Sehlekehlekeng sa Bougainville, empa Sehlekehlekeng sa Buka, se pel’a sona, ho na le phutheho e tsoelang pele hantle ea bahoeletsi ba 39.

SERETSE SE CHESANG SE SENYA RABAUL

Motseng oa Rabaul ho na le kou e khōlō e bileng teng ka lebaka la ho hohlomela ha thaba e ileng foqoha seretse se chesang mehleng ea khale. Ka September 1994, ho ile ha boela ha foqoha seretse ka mahlakoreng a mabeli a shebaneng a kou eo, ’me sa baka tšenyo e khōlō Rabaul hoo tsela eo batho ba phelang ka eona profinseng eo e ileng ea fetoha. Holo ea ’Muso le lehae la baromuoa le neng le hokahane le eona li ile tsa senyeha, empa barab’abo rōna ba pholoha kaofela. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le mor’abo rōna ea nang le lefu la pelo ea ileng a shoa a le tseleng a baleha seretse. Barab’abo rōna kaofela ba ile ba tsoa motseng ho latela moralo oo e neng e le khale o manehiloe lematjaneng la litsebiso Holong ea ’Muso, ba ea libakeng tse hojana tseo ba neng ba li lokiselitsoe.

Hang-hang ofisi ea lekala e ile ea thusa ba anngoeng ke seretse seo ea ba ea lokisetsa liphallelo. E ile ea romela liaparo, masira a thibelang monoang, meriana, peterole, disele le lintho tse ling hammoho le raese le taro tse tsoang phuthehong ea boahelani. Ka sebele mosebetsi ona oa ho romela liphallelo o ile oa tsamaea hantle hoo ba boholong sebakeng seo le batho ba bang ba ileng ba o thoholetsa haholo.

Qetellong, Phutheho ea Rabaul e ile ea fela. Ka mor’a matsatsi a mabeli seretse se foqohile, bahoeletsi ba ka bang 70 le bana ba bona ba ile ba bokana sekolong sa mosebetsi oa matsoho se neng se sa sebetse. Ha baholo ba fihla, bahoeletsi ba ile ba re: “Thuto ea buka e qala ka nako mang?” Le har’a mathata, ha ho mohla ba kileng ba tlohela ho ea libokeng le tšimong. (Baheb. 10:24, 25) Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba fallela lihlopheng tse haufinyane, ka lebaka leo, se seng sa tsona e ile ea e-ba phutheho.

Ba boholong profinseng eo ba ile ba tšepisa malumeli ’ohle ao mehaho ea ’ona e neng e senyehile hore a tla fuoa litša toropong ea Kokopo, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 24 ho tloha Rabaul. Leha ho le joalo, malumeli a mang a ile a fuoa litša, haese Lipaki feela. Joale, hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse supileng seretse se foqohile, mora e mong oabo rōna ea tsoang Afrika o ile a sebetsa lefapheng la meralo ea toropo. Ha a bona hore Lipaki li ’nile tsa tšoaroa ka leeme, kapelenyana o ile a bona setša se botleng motseng oa Kokopo ’me a thusa barab’abo rōna ho se kōpa, eaba baa se fuoa. Barab’abo rōna ba baithaopi ba ile ba thusa hore ho hahoe Holo ea ’Muso le lehae la baromuoa. Ha e le hantle, hore ebe qalong Lipaki li ile tsa tšoaroa ka leeme ho ile ha li tsoalla katleho. Ka tsela efe? Sebaka seo likereke li ileng tsa fuoa litša ho sona se leralleng. Empa setša se fuoeng barab’abo rōna se botleng har’a toropo.

MOSEBETSI OA HO FETOLELA O TSOELA PELE

Timo Rajalehto, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala ebile e le molebeli oa Lefapha la Phetolelo o re: “Naheng eo ho eona ho buuoang lipuo tse fetang 800, ke habohlokoa hore ho be le puo kapa lipuo tse tsejoang ke batho ba bangata e le hore batho ba tsebe ho buisana. Lipuo tse bonolo tse sebelisoang litabeng tsa khoebo, tse kang Setok Pisin le Sehiri Motu li phetha morero oo ka tsela e tsoileng matsoho. Ho batla ho le bonolo ho ithuta tsona e le puo ea bobeli, ’me li nolofalletsa batho ho buisana ka litaba tsa letsatsi le letsatsi. Empa lipuo tsena ha li na mantsoe a nepahetseng a hlalosang litaba tse thata. Kahoo, bafetoleli ba rōna ba atisa ho thatafalloa ho fetolela mantsoe a itseng.

“Ka mohlala, re ile ra fumana hore ha ho na lentsoe la Setok Pisin le ka sebelisoang ho fetolela ka nepo lentsoe ‘molao-motheo.’ Kahoo bafetoleli ba rōna ba ile ba kopanya mantsoe a mabeli a Setok Pisin e le hore ba qape lentsoe stiatok (le bolelang “puo e tataisang”), le bontšang kamoo melao-motheo e sebetsang kateng ha e ‘tataisetsa’ batho tseleng e nepahetseng. Lentsoe lena le ile la qala ho sebelisoa mecheng ea litaba ’me hona joale le sebelisoa ke batho ba bangata ba buang Setok Pisin.”

Molula-Qhooa o ile oa qala ho hatisoa ka Semotu ka 1958, le ka Setok Pisin ka 1960. Lihlooho tse ithutoang li ne li hatisoa Sydney, Australia ho sebelisoa maqephe a kopanngoang ka seteipolara ebe li romeloa Port Moresby. Ka 1970, maqephe a makasine ena a ile a eketsoa hore a be 24, ’me lenane la tse hatisoang la nyolohela ka holimo ho 3 500. Makasine ea Tsoha! e nang le maqephe a 24 e ile ea hatisoa ka lekhetlo la pele ka Setok Pisin ka January 1972. Hona joale lekala le lokisetsa hore ho hatisoe Molula-Qhooa oa Setok Pisin habeli ka khoeli ’me Tsoha! e hatisoe hang ka likhoeli tse tharo, le hore Molula-Qhooa o ithutoang oa Sehiri Motu o hatisoe hang ka khoeli ’me oa batho ka kakaretso o hatisoe hang ka likhoeli tse tharo.

Timo Rajalehto o re: “Re sa tsoa fetolela lipampitšana tse ling ka lipuo tse ’maloa tse ncha, ho akarelletsa le Seenga, Sejiwaka, Sekuanua, Semelpa le Seorokaiva. Ebe ke hobane’ng ha re ile ra fetolela lingoliloeng ka lipuo tsee empa batho ba li buang ba boetse ba bua Setok Pisin kapa Senyesemane kapa ba li bua ka bobeli? Re ne re batla ho bona hore na batho ba tla nka bohato bofe ha ba bala molaetsa oa ’Muso ka lipuo tsa habo bona. Na see se ne se tla ba thusa hore ba thahaselle ’nete ’me ba fetole maikutlo a bona ka Lipaki?

“Ruri ho ile ha e-ba joalo! Ka sebele batho ba bangata sechabeng ba ile ba babatsa bohato bona, ’me ho qaliloe lithuto tsa Bibele, esita le batho ba neng ba hanyetsa ba fetotse maikutlo a bona ka Lipaki. Ha batho ba fumana sengoliloeng ka puo ea habo bona, se ba ama ka ho tebileng.”

Hona joale ho na le bafetoleli ba 31 Lefapheng la Phetolelo, ba akarelletsang le bafetoleli ba Sehiri Motu le Setok Pisin. Ka December 2009, bafetoleli bana kaofela ba ne ba thabile ha ba fallela ofising e ncha ea phetolelo.

BA BANGATA BA RUA MOLEMO SEKOLONG SA TŠEBELETSO SA BOPULA-MALIBOHO

Bahlanka ba Jehova ba bangata ba nka Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Sekolo sena se thusa bo-pula-maliboho hore ba matlafatse tumelo ea bona, ho feta moo, se ba thusa ho ntlafatsa tšebeletso ea bona ea bopula-maliboho. Hlokomela seo ba bang ba se buileng ka mor’a ho ba sekolong sena.

Lucy Koimb: “Sekolo sena se nthusitse hore ke bone hore tšebeletso ea nako e tletseng ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo nka li etsang bophelong.”

Michael Karap: “Pele ke ea sekolong sena ke ne ke e-na le maeto a mangata a ho boela empa ke se na lithuto tsa Bibele. Hona joale ke na le lithuto tse ngata!”

Ben Kuna: “Sekolo sena se nthutile hore ke nahane ka tsela e batlang e tšoana le ea Jehova.”

Siphon Popo: “Ha ke e-s’o ka ke ithuta ka matla hakaalo bophelong ba ka! Ke moo ke ileng ka ithuta hore ho molemo ke iketle ha ke ithuta.”

Julie Kine: “Sekolo sena se ile sa boela sa nthuta ho talima lintho tse bonahalang ka tsela e nepahetseng. Ha e le hantle, ha re hloke tse ngata le hoja ba bang ba re rea li hloka.”

Dan Burks, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala, o ile a re: “Ha bo-pula-maliboho ba beha litholoana tse ngata, seo se etsa hore ba be le thabo e khaphatsehang ’me ba chesehe haholo. Re kholisehile hore Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se tla tsoela pele ho ruisa bo-pula-maliboho ba bangata molemo naheng ena. Ho hlakile hore bahoeletsi le batho ba ratang ’nete tšimong le bona ba rua molemo.

LERATO LE ETSA HORE MOSEBETSI O TSOELE PELE

Jesu Kreste o itse: “Bohle ba tla tseba . . . hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:35) Naheng ea Papua New Guinea, lerato la Bakreste le kopantse batho ba buang lipuo tse sa tšoaneng, ba merabe e fapa-fapaneng, ba phelang ka litsela tse sa tšoaneng le ba sa lekaneng ka maemo a lichelete. Ha batho ba lipelo li ntle ba bona lerato le joalo, seo se ba susumelletsa hore ba re, “Molimo o na le lōna.”

Mantsoe ana a builoe ke morui e mong oa libese ea hlahileng pejana paleng ena, ea bitsoang Mange Samgar, eo e neng e le moruti oa kereke ea Lutere motseng oa Banz. Ke’ng e mo thusitseng hore a fihlele qeto eo? Ha Phutheho ea Banz e ea kopanong ea setereke Lae, e ile ea hira e ’ngoe ea libese tsa hae. Steve le Kathryn Dawal, ba neng ba le kopanong ha bese e fihla ba re: “Kaha Mange o ne a batla ho tseba hore na Lipaki ke batho ba joang, o ile a palama bese eo. O ile a khahloa haholo ke tsela eo lintho li neng li hlophisitsoe ka eona le tsela eo batho ba Jehova ba momahaneng ka eona le hoja e le ba merabe e sa tšoaneng. Ha a khutlela hae ka bese e laetseng Lipaki, o ne a kholisehile hore o fumane ’nete. Hamorao eena le mora oa hae e ile ea e-ba baholo ba Bakreste.”

Morali’abo rōna Hoela Forova eo e neng e le mohlolohali e mocha lilemong, ebile e le pula-maliboho oa kamehla, ea neng a hlokomela ’mè oa hae, eo le eena e neng e le mohlolohali, o ne a hloka hore ntlo ea hae e tsosoe ka potlako. Ka makhetlo a mabeli, o ile a sebetsa ka thata hore a fumane chelete, eaba o e fa mong ka eena hore a reke mapolanka, empa motho eo a nyamela ka eona. Ha Lipaki tsa phutheho ea habo li elelloa hore o maqakabetsing, li ile tsa tsosa ntlo ea hae ka matsatsi a mararo feela. Matsatsing ao a mararo, Hoela o ile a lla ka makhetlo, a hloletsoe haholo ke lerato la barab’abo rōna. Seo barab’abo rōna ba mo etselitseng sona e ile ea boela ea e-ba bopaki bo babatsehang. Modiakone oa kereke ea moo o ile a re: “Ho tla joang hore batho ba sa kōpeng likoleke, ba tsamaeang hohle ka mekotlana ea libuka ba hahe ntlo ka matsatsi a mararo?”

Moapostola Johanne o ile a re: “Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.” (1 Joh. 3:18) Ka lebaka la lerato leo le bontšoang ka litsela tse ngata, mosebetsi o tsoela pele Papua New Guinea. Bahoeletsi ba 3 672 ba khanna lithuto tsa Bibele tse 4 908 ’me batho ba 25 875 ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Kreste sa 2010—e leng bopaki bo matla ba hore Jehova o tsoela pele ho ba hlohonolofatsa!—1 Bakor. 3:6.

Lilemong tse fetileng tse ka bang 70, bara le barali babo rōna ba seng bakae ba sebete ba ile ba kena naheng ena e hlollang le eo batho ba bang ba neng ba sa tsebe hakaalo ka eona, ba tlisa ’nete e lokollang batho. (Joh. 8:32) Lilemong tse mashome tse latelang, Lipaki tse ling tse ngata tsa moo le tse tsoang linaheng tse ling, li ile tsa sebetsa le bona. Ba ne ba talimane le litšitiso tseo ho neng ho bonahala ho le thata ho li hlōla, e leng meru e teteaneng, mekhoabo e tletseng lefu la malaria, ho tsamaea litseleng tse mpe kapa moo ho se nang litsela ho hang, hammoho le tlala, merabe e tsohelanang matla, ho sebelisana le meea ho tletseng hohle ’me ka linako tse ling, ba hanyetsoa ka mabifi ke baruti ba Bokreste-’mōtoana le batšehetsi ba bona. Barab’abo rōna ba ne ba boetse ba tlameha ho thusa batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola le ho hlōla bothata ba ho pakela batho ba likete ba merabe e sa tšoaneng ba buang lipuo tse fetang 800! Moloko o tlileng hamorao, o ileng oa ntšetsa pele mosebetsi oo ba o qalileng, o ananela haholo mosebetsi oo ba o entseng ka boitelo oa ho bolela ka ’Muso.

Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova ba Papua New Guinea ba sa ntse ba talimane le boholo ba mathata ana. Empa lintho tsohle lia khoneha ho Molimo. (Mar. 10:27) Kahoo, kaha bara le barali babo rōna ba libakeng tsena tse sa tšoaneng ba tšepa Jehova ka ho feletseng, ba kholisehile hore o tla thusa batho ba bangata ba ratang ho loka hore ba ‘fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha bona ba ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore ba mo sebeletse ka mahetla a bapileng.’—Sof. 3:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Greenland ke sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa lefatšeng. Australia eona e nkoa e le k’honthinente e se sehlekehleke.

b Tlalehong ena kaofela, re ke ke ra sebelisa mabitso a khale, empa re tla sebelisa lebitso leo e bitsoang ka lona hona joale e leng Papua New Guinea.

c E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 88]

“Bobogi, u ithutile lintho tsee hokae?”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 100]

‘O ile a re lumella ho bapala filimi ea rōna a sa re lefise letho’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 104]

“Ha u sa tlohele bolumeli ba hao, u batle mosebetsi o mong”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 124]

Ha ba bona se ka mokotlaneng oa hae, ba ile ba ikutloa ba le molato ka seo ba se entseng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 149]

“Ba basoeu ka lebala, empa lipelo tsa bona li tšoana le tsa rōna”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 80]

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Papua New Guinea

Naha

Papua New Guinea ke halofo e ka bochabela ea sehlekehleke sa New Guinea. Naha ena e entsoe ka lihlekehleke tse nyenyane tse 151 ’me e le khōloanyane ho profinse ea Kapa Leboea. Bo hareng ba naha ho tletse lithaba tse matsutla-tsutla ’me ho sika le lebōpo la leoatle ho na le mekhoabo le meru e melang moo pula e nang ka bongata.

Batho

Liphesente tse 99 tsa baahi ba limilione tse 6,7 ke Mapapua le Mamelanesia. Ba bang ke Mapolynesia, Machaena le batho ba basoeu. Batho ba bangata ba re ke Bakreste.

Puo

Papua New Guinea ke naha e nang le lipuo tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng, e na le lipuo tse ikemetseng tse 820—e leng liphesente tse 12 tsa lipuo tsa lefatše. Ntle ho lipuo tsa batsoali ba bona, batho ba bangata ba bua Setok Pisin, Sehiri Motu kapa Senyesemane.

Mokhoa oa Boipheliso

Batho ba ka bang 85 ho ba lekholo ba lula metsaneng ea mahaeng moo ba phelang ka tsela eo baholo-holo ba bona ba neng ba phela ka eona ’me ba lema lirapa tse nyenyane tsa meroho. Libakeng tse ka lithabeng ho lengoa kofi le tee tse rekisoang. Lintho tse ling tse tlatsetsang moruong oa naha ke lirafshoa, khase le oli hammoho le lintho tse etsoang ka lepolanka.

Lijo

Lijo tse tloaelehileng li akarelletsa lipotata, taro, cassava, sago le libanana tse tloaelehileng kapa tse phehoang. Lijo tse ling tseo batho ba li ratang haholo ke meroho, litholoana tsa linaha tse chesang tse mongobo le nama ea makotikoti. Nama ea kolobe e jeoa mohla monene.

Boemo ba Mohatsela le Mocheso

Ho na le linako tse peli tsa selemo, e leng nako ea lipula tsa litloebelele le ea lipula tsa melupe. Kaha Papua New Guinea e haufi le equator, ho sika le lebōpo la leoatle hoa chesa ebile ho mongobo, athe libakeng tse ka lithabeng ho pholile.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 83, 84]

‘Ke Ile ka Khaotsa ho ba Lihlong’

ODA SIONI

O HLAHILE KA 1939

O KOLOBELITSOE KA 1956

PALE EA BOPHELO BA HAE Ke eena motho oa pele oa Papua New Guinea eo e bileng pula-maliboho. Hona joale ke pula-maliboho ea khethehileng Phuthehong ea Hohola Motu, Port Moresby.

◼ AUSI o ile a bona Tom le Rowena Kitto ba ntse ba bolela litaba tse molemo litseleng tse entsoeng ka mapolanka tsa motsana oa Hanuabada, eaba o kōpa hore ke ee libokeng tsa bona ho ea bona hore na ‘bolumeli bona bo bocha’ bo joang. Nakong eo, liboka li ne li tšoareloa ha seithuti sa Bibele sa moo se bitsoang Heni Heni Nioki.

Ke ne ke le lilemo li 13 ’me ke le lihlong haholo. Ke ile ka ea ha Heni Heni, moo ho neng ho phuthehile batho ba motse ba ka bang 40, eaba ke lula ka morao-rao ke khutsitse, ke itšoere marameng. Ke ile ka rata seo ke se utloang eaba ha ke sa khaotsa ho ea libokeng. Ho e-s’o ee kae, eitse ha Tom Kitto a lokela ho fana ka puo ka Senyesemane, Heni Heni a kōpa hore ke e toloke ka Semotu, e leng puo e neng e buuoa ke batho ba bangata ba neng ba tlile libokeng.

Lilemo hamorao, ha ke qala ho sebetsa sepetleleng sa moo ka morero oa ho ithutela bongaka, John Cutforth o ile a bua le ’na ’me ka mosa a re: “Ha u e-ba ngaka, u ka phekola batho maloetse a bona, empa haeba u e-ba ngaka e thusang batho hore ba ntlafatse kamano ea bona le Molimo, u ka ba thusa hore ba fumane bophelo bo sa feleng.” Ke ile ka qala ho bula maliboho hona bekeng eo.

Kabelo ea ka ea pele e ile ea e-ba toropong ea Wau. Ke ne ke sa tsoa etela moo ’me ka fumana batho ba bangata ba ratang ho ithuta ’nete. Monna e mong ea bitsoang Jack Arifeae o ile a kōpa hore ke e’o ruta kerekeng ea moo ea Lutere. Ke ile ka bua ka molao oa Molimo ka mali. Batho ba 600 ba neng ba le teng ba ile ba mamela ka hloko, kaha ba bangata ba ne ba lumela hore ho ja mali a motho ho ne ho ka etsa hore ’mele ea bona e laoloe ke moea oa motho eo. Moprista o ile a halefa ’me a bolella phutheho hore e ’nene. Empa ba bangata ba ile ba rata seo ba se utloileng eaba ba hatela pele ’neteng.

Hoo e ka bang selemo hamorao, ke ile ka romeloa Manu Manu, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 50 ka leboea-bophirimela ho Port Moresby. Ha ke le moo, ke ile ka kopana le Morena Tom Surau eaba o kōpa hore ke bolele litaba tse molemo motseng oa hae. Ka mor’a hore ke ithute le batho ba moo ka matsatsi a mararo, ba ile ba ratha setšoantšo sa bona sa lehong sa Moroetsana Maria ’me ba se lahlela ka nōkeng.

Batho ba lulang motseng o haufi le molomo oa nōka ba ile ba bokella likotoana tsa sona eaba ba li isa ho moprista oa K’hatholike oa motse oa habo bona ba ntse ba hooa ba re: “Ba bolaile Maria!” Baprista ba babeli ba ile ba mphutuhela. E mong o ile a tla a ntobile eaba o nkotla ka setebele sefahlehong hoo a ileng a ntabola lerama ka reng. Baprista bao ba ile ba baleha ha batho ba motse ba potlakela ho tla ’namolela.

Ke ile ka ea Port Moresby hore leqeba leo le e’o rokoa le ho ea tlaleha taba eo sepoleseng. Hamorao baprista bao ba ile ba lefisoa eaba ba tlohelisoa boprista. Nakong eo, ke ile ka khutlela motseng eaba ke theha sehlopha se ka thōko. Jehova o ne a nthusitse hore ke khaotse ho ba lihlong.

[Setšoantšo]

Qalong liboka li ne li tšoareloa ha Heni Heni

[Lebokose le leqepheng la 86]

Tokisetso ea Wantok

Lentsoe la Setok Pisin, e leng wantok, kapa “puo e le ’ngoe” [“one talk” ka Senyesemane], le bolela maqhama a matla a setso a tlamahanyang batho ba morabe o le mong ba buang leleme le tšoanang. Maqhama ana a akarelletsa boikarabelo bo itseng le melemo e itseng. Ka mohlala, ho lebeletsoe hore batho ba hlokomele bo-wantok (batho ba buang leleme la bona) ba hōlileng, ba sa sebetseng kapa ba sitoang ho sebetsa. Sena se thusa haholo hobane naheng eo ’muso ha o thuse bahloki hakaalo licheleteng.

Tokisetso ena e boetse e baka mathata. Ka mohlala, ha liithuti tsa Bibele li emela ’nete, litho tse ling tsa lelapa li ka ’na tsa li lahla. Maemong a joalo, liithuti tsena tse ncha li lokela ho kōpa thuso ho Jehova haeba li ka felloa ke mosebetsi kapa ka mabaka a itseng tsa hloka lintho tsa bophelo. (Pes. 27:10; Mat. 6:33) Kegawale Biyama, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala, o re: “Tokisetso ea wantok e ka boetse ea hatella barab’abo rōna haholo hore leha ho sa hlokahale ba kopane le beng ka bona bao e seng Lipaki, ho akarelletsa le ba khaotsoeng. Hape, nakong ea likhetho tsa lipolotiki, Lipaki tse amanang le bo-nkhetheng li atisa ho hatelloa hore li jele paate empa e le Bakreste.” Leha ho le joalo, ha li ke be li jele paate.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 91]

E ne e le Thatohatsi ea ba Bangata

John Cutforth e ne e le thatohatsi ea ba bangata nakong ea ha e ntse e le moromuoa Papua New Guinea. Hlokomela seo baromuoa le batho ba bang ba neng ba sebetsa le eena ba se buileng ka eena.—Liprov. 27:2.

Erna Andersson: “John o ile a re ho rōna: ‘Moromuoa oa sebele o fetoha lintho tsohle ho batho bohle. Ha batho ba le fa kutu ea sefate hore le lule holim’a eona, le lule holim’a eona; ke phetho seo ba ka le fang sona. Ha ba le fa bethe ea lithupa e kukunelang, le robale holim’a eona; e entsoe ka mosa. Ha ba le fa lijo tseo le sa li tloaelang, le li je; le li phehetsoe ka lerato.’ John e ne e le mohlala o babatsehang oa moromuoa ea itetseng.”

Awak Duvun: “Nakong ea puso ea likolone, John ha aa ka a loantša khethollo pakeng tsa batho ba batšo le ba basoeu feela empa o ile a e bolaea! O ne a atisa ho re, ‘Hore na motho o motšo kapa o mosoeu, baa tšoana!’ O ne a rata batho bohle.”

Peter Linke: “Thapameng e ’ngoe, John o ile a fihla ha rōna Goroka a le lerōle a bile a khathetse ka mor’a hore a tsamaee nako e telele letsatsing leo. Leha ho le joalo, ka mor’a lijo tsa mantsiboea o ile a re, ‘Letsatsing lena ha kea thusa motho leha a le mong.’ Ha shoalane e tšoara o ile a etela lelapa le leng la moo ’me a le khothatsa. O ne a lula a amehile ka batho ba bang. Re ne re mo rata kaofela.”

Jim Dobbins: “John o ile a re ruta hore re phele ka tsela e bonolo le hore joaloka Jesu re rute ka tsela e bonolo re sebelisa lipapiso tseo batho ba li utloisisang. Sena se ile sa re thusa ho buisana le batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 101]

‘Re ke ke ra Lahla Tumelo ea Rōna’

KALIP KANAI

O HLAHILE KA 1922

O KOLOBELITSOE KA 1962

PALE EA BOPHELO BA HAE Ke e mong oa batho ba pele ba ileng ba amohela ’nete seterekeng sa Madang. Pale ena e boletsoe ke mora oa hae Ulpep Kalip.

◼ NTATE e ne e le motho ea ikokobelitseng le ea nahanang ka ho teba. Ha a ne a shebane le bothata, o ne a mamela ka hloko ebe o sekaseka taba pele a fana ka maikutlo a hae.

Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka kena sepetlele Madang hobane tlhapi e bitsoang shaka e ne e nkhaotse leoto ho tloha ka tlas’a lengole. Ntate o ile a nketela eaba o kopana le John Davison ea ileng a re ho eena: “Lefatšeng le lecha, Jehova a ka fa mora oa hao leoto le lecha.” Taba ena e ile ea khahla Ntate, ’me a qala ho ithuta Bibele ka tieo. Nakoana ka mor’a moo tumelo ea hae e ile ea tiea.

Kaha Ntate le beng ka eena ba ne ba tlohetse Kereke e K’hatholike, mapolesa a ile a susumelletsoa hore a re leleke malapeng. Selemo se ne se e-s’o fete ba hahile matlo a 12 a pota-potiloeng ke lipalesa tse ntle ha mapolesa a lahlela lirumula tse tukang ka holim’a matlo abo rōna a joang eaba marulelo a tšoara mollo. Ha re potlakela ho ea ntša thepa, re ile ra thijoa ke malakabe le mosi, eaba re lla sa ’mokotsane ha matlo ao a cha lore!

Re ne re saretsoe ha re e-ea motseng oa boahisani oa Bagildig moo morena oa teng a ileng a re lumella ka mosa hore re lule ka ntlong e nyenyane ea joang. Ha re le moo, ntate o ile a buisana le lelapa leso a re: ‘Jesu o ile a hlorisoa. Kahoo le rōna re ka lebella hore batho ba re hlorise. Empa re ke ke ra lahla tumelo ea rōna!’

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 107, 108]

O Ile a Leboha Hore Ebe o Ile Sekolong “Sesele”

MICHAEL SAUNGA

O HLAHILE KA 1936

O KOLOBELITSOE KA 1962

PALE EA BOPHELO BA HAE E bile pula-maliboho ea khethehileng ka September 1964 ’me o bile tšebeletsong eo ka nako e telele ho feta mang kapa mang Papua New Guinea.

◼ KA 1959 ke ile ka fallela Rabaul ke il’o ntšetsa lithuto tsa ka pele. Ha ke le moo, ka utloela hore Lipaki li na le sekolo eaba ke ea ha “tichere” ea sona, e leng Lance Gosson, ke nahana hore ke sekolo sa mosebetsi oa matsoho. Lance o ile a ’mema hore ke tle thutong ea Bibele e neng e tšoaroa Laboraro le leng le le leng. Le hoja ke ne ke sa utloisise hore na ke sekolo se joang, ke ile ka lumela hore ke tla tla. Seo ke neng ke ithuta sona se ne se ntlhatsoa pelo, haholo-holo taba ea hore lebitso la Molimo ke Jehova le hore ho tla ba le “maholimo a macha le lefatše le lecha.” (2 Pet. 3:13) Ke ile ka kolobetsoa hoseng ha la 7 July, 1962, ’me ka nako eo ke ne ke leboha haholo hore ebe ke ile ka ea sekolong sesele.

Letsatsing lona leo, ke ile ka ea sebokeng sa ba ratang tšebeletso ea bopula-maliboho. Se ne se tšoeroe ke molebeli oa setereke, John Cutforth ’me o ile a hatisa hore masimo a soeufetse bakeng sa kotulo le hore ho hlokahala basebetsi ba eketsehileng. (Mat. 9:37) Hang ha monyetla o buleha ke ile ka ngolisa hore ke be pula-maliboho oa phomolo, e leng tsela eo bo-pula-maliboho ba thusang ba neng ba bitsoa ka eona. Ka May 1964, ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla, ’me ka September ka ba pula-maliboho ea khethehileng.

Ke hopola ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala ha ke ntse ke bolela litaba tse molemo haufi le Rabaul. Monna e mong oa Motolai o ile a kōpa hore ke mo fe Bibele ea ka a ipalle temana. Ha ke mo fa eona, o ile a e tabola likoto eaba o e lahlela fatše. Ho e-na le ho halefa, ke ile ka tlalehela molaoli oa sepolesa taba eo ’me hang-hang a ntša lepolesa hore le e’o tšoara monna eo. Molaoli eo a re ho eena: “U mobe. U tlōtse molao oa Molimo le molao oa ’muso. U tlameha ho rekela monna enoa Bibele e ncha hosasane, ho seng joalo, re tla u koalla teronkong.” Ka mor’a moo, molaoli eo o ile a mpolella hore ke tle sepoleseng hosasane ka hora ea leshome ke tl’o nka chelete ea Bibele. Ha ke fihla, chelete e ne e se e le teng. Ho tloha ka nako eo, batho ba bangata ba Matolai ba ile ba amohela ’nete.

Ka lekhetlo le leng, ke ne ke e-na le Lipaki tse ling re ntse re aba pampitšana ea Kingdom News sebakeng se ka bophirimela ho Wewak. Ba bang ba ne ba sebetsa ba nketile pele. Ramotse oa moo o ile a utloela ka seo barab’abo rōna ba se etsang eaba o phutha lipampitšana tseo ba li abileng. E tlameha ebe o ne a tseba hore kea tla, hobane ke fumane a nkemetse ka har’a tsela, a itšoere thekeng, a tšoere lipampitšana tsa Kingdom News ka letsohong le leng. Ha ke botsa hore na ho na le bothata, a mpha tsona eaba o re: “Eta ho lla sa ka mona, ha ke batle ha le ntse le tsamaisa ntho tsena mona.”

Ke ile ka li nka. Nakong eo, batho ba motse ba ne ba bokane. Ke ile ka ba sheba eaba kea botsa, “Ha le batla ho sebetsa lirapeng tsa lōna kapa ho ea tšoasa litlhapi, na le kōpa morena?”

Mosali e mong o ile a re, “Che!”

Ka mor’a moo ke ile ka botsa batho ba motse, “Le batla ho bala lipampitšana tsee?”

Ba re, “E.” Kahoo, ka boela ka aba lipampitšana tsa Kingdom News ntle ho khanyetso. Leha ho le joalo, hamorao ke ile ka tlameha ho ikarabella sebokeng sa bo-ramotse ba 20. Hoa thabisa hore ebe kaofela ba ile ba voutela mosebetsi oa rōna oa boboleli, ha e se ba babeli feela.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 112]

‘Na ba Jele Pelo ea Hao?’

AIOKOWAN

O HLAHILE KA 1940

O KOLOBELITSOE KA 1975

PALE EA BOPHELO BA HAE Ke e mong oa batho ba pele ba Enga ba ileng ba ithuta ’nete.

◼ HA Tom le Rowena Kitto ba fihla Wabag, Profinseng ea Enga, baromuoa ba likereke tsa moo ba ile ba jala mashano ka bona. Ka mohlala, baromuoa bao ba ne ba re Tom le Rowena ba epa litopo ebe baa li ja. Lipuo tsa mofuta oo li ile tsa ntšosa haholo.

Ka letsatsi le leng, Tom o ile a botsa Ntate hore na ha ho na moroetsana eo a mo tsebang ea ka thusang mofumahali oa hae ka mosebetsi oa lapeng. Ntate o ile a supa ’na. Ke ile ka tšoha, empa Ntate a ntšusumelletsa ho amohela mosebetsi oo.

Hamorao, Tom le Rowena ba ile ba mpotsa potso e reng, “U nahana hore ho etsahala’ng ka batho ha ba e-shoa?”

Ke ile ka ba araba ka ho re: “Batho ba lokileng ba ea leholimong.”

Ba ile ba re: “Na u balile taba eo Bibeleng?”

Ka re: “Ha kea kena sekolo, kahoo ha ke tsebe ho bala.”

Ba ile ba nthuta ho bala, ’me butle-butle ka utloisisa Bibele. Ha ke khaotsa ho ea Kerekeng e K’hatholike, moruti e mong oa teng o ile a re ho ’na: “Ke hobane’ng ha u se u sa tle kerekeng? Monna eloa oa lekhooa le mosali oa hae ba jele pelo ea hao?”

Ke ile ka mo araba ka ho re: “E, joale pelo ea ka ea tšoantšetso e ho bona hobane kea tseba hore ba ruta ’nete.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 117]

“Ke Tla U fa Eona ha U ka Mpha Khōhō”

AWAIWA SARE

O HLAHILE KA 1950

O KOLOBELITSOE KA 1993

PALE EA BOPHELO BA HAE O ithutile ’nete a le motseng oa mahaeng moo ho se nang phutheho. Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang Phuthehong ea Mundip.

◼ KE ILE ka bona buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ha ke etetse motsoalle oa ka. Eaba ke bala likhaolo tse seng kae, ka mor’a moo ka mo kōpa hore a mphe eona. O ile a re: “Ke tla u fa eona ha u ka mpha khōhō.”

Ke ile ka mo fa khōhō eaba ke nka buka, ka ea le eona lapeng moo ke ileng ka e bala ka hloko. Ho e-s’o ee kae, ke ne ke bolella batho lintho tse hlollang tseo ke ithutileng tsona, le hoja ka makhetlo a mabeli ke ile ka bitsetsoa ka pel’a baeta-pele ba kereke ba ileng ba mpolella hore ke khaotse ho bolela litaba tse molemo!

Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka ngolla ofisi ea lekala ke botsa hore na nka fumana Lipaki Tsa Jehova hokae sebakeng sa heso. Barab’abo rōna ba ile ba nthusa hore ke kopane le Alfredo de Guzman, ea ileng a ’memela kopano ea setereke ea Madang.

Ke ile ka fihla kopanong ke apere liphahlo tse tabohileng tse neng li aparoa mahaeng ’me ke le seririella sa litelu tse ntšo. Leha ho le joalo, e mong le e mong o ne a ntšoara ka mosa le ka tlhompho. Nakong ea lenaneo ke ile ka lla kaha seo ke neng ke se utloa se ne se nkama maikutlo. Letsatsing le hlahlamang ke ile ka fihla kopanong ke beotse litelu.

Alfredo o ile a tla motseng oa heso ka mor’a kopano. Hore motho a fihle motseng oa heso a tloha Madang, o nka lihora tse peli ka teraka a ntoo tsamaea ka maoto lihora tse hlano. Ba lelapa la ka le metsoalle ba ile ba mo botsa lipotso tse ngata, ’me a li araba kaofela ka Bibele.

Kajeno Phutheho ea Mundip e na le bahoeletsi ba 23, ’me batho ba fetang 60 ba ba teng libokeng.

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 125, 126]

“Ikarabelle!”

MAKUI MAREG

O HLAHILE KA 1954

O KOLOBELITSOE KA 1986

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a bula maliboho a le mong ka lilemo tse ngata sehlekehlekeng se seng e le eena feela Paki moo.

◼ KA 1980, pula-maliboho e mong oa Madang o ile a mpha pampitšana ’me ka tsamaea le eona ha ke khutlela haeso Sehlekehlekeng sa Bagabag, e leng sebaka seo motho a nkang lihora tse tšeletseng ha a ea ho sona ka seketsoana. Ke ile ka rata litaba tsa eona eaba ke ngolla ofisi ea lekala ke kōpa lintlha tse eketsehileng. Kapele ka mor’a moo, ka fumana lengolo le tsoang ho Badam Duvun, e leng pula-maliboho oa Madang, ea neng a ’memela kopanong ea setereke. Ke ile ka mo etela ka libeke tse peli ’me ka qala ho ithuta Bibele. Ho feta moo, ke ile ka ea libokeng tsohle Holong ea ’Muso ea moo. Ha ke khutlela hae ka tsoela pele ho ithuta ka ngollano.

Ka mor’a nakoana ke ile a qala lithuto tsa Bibele le malapa a mang a 12 Sehlekehlekeng sa Bagabag. Re ne re tšoarela liboka ha rangoane kamehla, re latela tsela eo ke boneng ho tsamaisoa sehlopha sa thuto ea Bibele sa Madang ka eona. Sena se ile sa halefisa Ntate, kaha o ne a hlaheletse Kerekeng ea Lutere. O ile a kharuma a re: “’Na ke tseba Yahweh eseng Jehova.” Eaba ke phetla Bibele ea ka ea Setok Pisin, ke mo bontša mongolo o botlaaseng ba leqephe oa Exoda 3:15, moo ho tšohloang lebitso la Molimo. Ntate a koaleha molomo.

Ka makhetlo a mararo o ile a mpitsetsa ka pel’a baeta-pele ba kereke hore ke e’o emela tumelo ea ka. Ka le leng ke ne ke bitselitsoe kerekeng e khōlō ka ho fetisisa sehlekehlekeng seo. Ho ne ho e-na le batho ba fetang lekholo ’me ho tšosa. Molula-setulo o ile a nkhobola a re: “Ikarabelle!” Ke ile ka araba ke tiisitse Bibele ea ka, ka re: “Ke mpa ke batla ho phela ka tsela e lumellanang le Matheu 6:33 ’me ke eteletse ’Muso oa Molimo pele.” Ntate o ile a raoha eaba ka bohale o re: “U mang hore u re rute?” Rangoane oa ka e mong o ile a ema a batla ho nkotla, empa mong ka ’na e mong a potlaka eaba oa ’namolela. Ke ha ho qhoma moferefere. Qetellong ba nteleka.

Leha ho le joalo, e ne e sa le linyane. Ka bomalimabe mosali e mong ea neng a e-ba teng libokeng tsa rōna o ne a kuleloa ke ngoana eaba ngoana eo oa shoa. Batho ba bang ba motse ba ile ba re ngoana enoa o shoele hobane ke ruta ’mè oa hae bolumeli bo bocha. Ntate o ile a ntelekisa ka molamu oa tšepe ha a nteleka lapeng. Ke ile ka balehela Madang le rakhali Lamit Mareg, eo le eena a neng a rata ’nete. Re ile ra kolobetsoa kapele ka mor’a moo.

Ka mor’a nako e itseng, Ntate o ile a kula haholo. Eaba kea mo lata hore ke mo okele ha ka Madang ho fihlela a hlokahala. Ke moo a ileng a fetola maikutlo a hae ka bolumeli ba ka. Pele a hlokahala o ile a mphehella hore ke khutlele Sehlekehlekeng sa Bagabag ke e’o bolella batho ba moo litaba tse molemo. Ke ile ka etsa joalo ka 1987. Beng ka ’na ba ile ba ntšoara ka mosa hoo ba ileng ba nkahela ntlo e nyenyane, ’me lilemong tse 14 tseo ke li qetileng e le ’na feela Paki moo, tse 12 tsa tsona ke ne ke le pula-maliboho oa kamehla.

Hamorao ke ile ka khutlela Madang ho ea bula maliboho le Rakhali Lamit. Ka 2009, batho ba tšeletseng ba tsoang Sehlekehlekeng sa Bagabag ba ile ba tla Madang Sehopotsong sa lefu la Kreste se tšoaroang selemo le selemo. Le hoja ke sa ka ka nyaloa, ke thabela hore ebe lilemong tsa ka tsa bosoha ke sebeletsa Jehova ka botlalo.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 141, 142]

Jehova o Ile a Nthola

DORAH NINGI

O HLAHILE KA 1977

O KOLOBELITSOE KA 1998

PALE EA BOPHELO BA HAE O ithutile ’nete esale ngoanana ’me a khesoa ke ba habo. Hamorao o ile a bula maliboho ’me hona joale o sebeletsa ofising ea lekala.

◼ HA KE le lilemo li 17, ke ile ka fumana buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Kapele-pele ka elelloa hore ke fumane ntho ea bohlokoahali. Ke ile ka bona hore buka eo ke ea Lipaki Tsa Jehova hobane ha ke le lilemo li ’nè, Lipaki tse peli li ile tsa buisana le ’na ka tšepiso ea Molimo ea hore lefatše e tla ba Paradeise.

Nakoana ka mor’a hore ke fumane buka ea Phela ka ho sa Feleng, ’Mè le Ntate ba nkhōlisitseng ba ile ba mpolella hore ba na le bana ba bona ba bahlano, kahoo ke tlameha ho khutlela heso, toropong ea Wewak e pel’a lebōpo la leoatle. Ha ke fihla moo, ke ile ka lula le Rangoane.

Kaha ke ne ke labalabela ho kopana le Lipaki, ke ile ka fumana Holo ea ’Muso ’me ka fihla ha mor’abo rōna a bolela hore na liboka li phethoa ka pina efe. Leha ho le joalo, moromuoa ea tsoang United States ea bitsoang Pam o ile a lokisetsa ho ithuta Bibele le ’na. Ke ne ke rata seo ke ithutang sona haholo, empa ka mor’a ho ithuta ka makhetlo a mararo feela, ’na le Rangoane re ile ra qabana.

Ka Sontaha se seng ha ke atamela hae ke tsoa sebokeng, ke ile ka bona mosi o lopalla lebaleng ha Rangoane. O ne a chesa thepa eohle ea ka, hammoho le libuka tseo ke ithutang Bibele ka tsona. Ha a mpona o ile a hoeletsa a re: “Haeba u batla ho kena kereke ea batho bao, tsamaea u ee ha bona ba u hlokomele.” Kaha ke ne ke lelekiloe moo, ke ne ke se na boikhethelo haese ho khutlela ha batsoali ba ka ba neng ba lula motsaneng oo ha motho a tloha Wewak ka koloi a nkang lihora tse ka bang peli ho ea fihla teng.

Ha ke ea ho Ntate, o ile a bua le banab’eso moo ke ntseng ke utloa a re: “Ngoanana eo ke mang? Ha re mo tsebe. Re fane ka eena ha a le lilemo li tharo.” Ke ile ka utloisisa hore le eena ha a mpatle; kahoo ka tsamaea ’me ka lula hohle moo ke fumanang bolulo teng.

Ka mor’a lilemo tse peli, barab’abo rōna ba babeli ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba kopana le ’na motseng oo batsoali ba ka ba lulang ho oona. Ke ile ka re ho bona: “Ke kōpa hore le bolelle Pam hore ha ke e-s’o lebale seo a nthutileng sona, empa ha ke tsebe hore na nka etsa joang hore ke kopane le eena.” Leha ho le joalo, ka mor’a nako e seng kae ke ile ka kopana le Pam toropong ea Wewak ’me ka qala ho ithuta hape. Nakong eo, ke ile ka lula le malapa a mararo a sa tšoaneng, empa kaofela ha ’ona a ile a nteleka hobane ke ne ke kopanela le Lipaki. Ka mosa Pam o ile a lokisetsa hore ke lule lelapeng la Lipaki toropong ea Wewak. Ke ile ka kolobetsoa ka 1998 ’me ka qala ho ba pula-maliboho oa kamehla ka September 1999. Eaba ka 2000 ke memeloa Bethele, ’me ke tlotliloe ka ho sebetsa le bafetoleli ba Setok Pisin.

Le hoja lelapa leso le ile la nteleka, e leng se ileng sa nkutloisa bohloko haholo, ke hlohonolofalitsoe ka litho tsa phutheho tseo ho ’na e kang lelapa leso. Le leng la mangolo ao ke a ratang haholo ke Pesaleme ea 27:10 e reng: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.”

[Setšoantšo]

Lingoliloeng tsa Setok Pisin

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 147, 148]

“Jehova ke Tichere ea Rōna e Khōlō ka ho Fetisisa”

JOHN TAVOISA

O HLAHILE KA 1964

O KOLOBELITSOE KA 1979

PALE EA BOPHELO BA HAE Ha e sa le ngoana o ile a hlorisoa ka sehlōhō ke matichere a hae le bana bao a neng a kena sekolo le bona hoo ka mor’a lilemo tse peli feela a ileng a ikutloa a tlameha ho tlohela sekolo. Hona joale ke molebeli oa potoloho.

◼ KE HLAHETSE motsaneng oa Govigovi Profinseng ea Milne Bay. Ntate o ile a qala ho ithuta Bibele ha ke le lilemo li supileng, ’me a nthuta lintho tseo a neng a ithuta tsona.

Hoo e ka bang ka nako eo, ke ile ka qala ho kena sekolo. Ha matichere a ka a mabeli, a neng a kena Kereke ea Chache a hlokomela hore ke kopanela le Lipaki, a ile a qala ho ntlhorisa. Bana bao ke kenang sekolo le bona ba ile ba etsisa matichere a bona, ba ba ba ntlhasela ka melamu. Ka lebaka leo, ke ile ka ikutloa ke tlameha ho tlohela sekolo ka mor’a lilemo tse peli feela.

Ka mor’a nako e ka etsang selemo, ke ile ka kopana le e mong oa matichere ao ’marakeng. O ile a re: “Moshanyana oa ka, u bohlale ’me u ne u ka ipabola sekolong. Empa ka lebaka la bolumeli ba hao, u tla qetella u sebeletsa bana bao u neng u kena sekolo le bona.” Ha ke bolella Ntate hore na tichere eo e itse’ng, o ile a bua mantsoe a ileng a nthoba pelo, a re: “Haeba lefatše le ke ke la u ruta, Jehova o tla u ruta.”

Ntate le mora e mong oabo rōna oa pula-maliboho ea khethehileng ba ile ba nthusa ho fumana thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa—e leng tsebo e isang bophelong bo sa feleng. (Joh. 17:3) Le hoja puo ea heso e le Sedawawa, ba ile ba nthuta Bibele ka lipuo tse peli tseo ke li tsebang, e leng Sehiri Motu le Setok Pisin. Ke ne ke le lilemo li 15 ha ke kolobetsoa. Ka mor’a lilemo tse peli, ke ile ka qala ho bula maliboho.

Ka 1998 ke ile ka bitsoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Ka nako eo ke ne ke sa tsebe Senyesemane hantle. Kahoo, lekala le ile la nkabela ho ea phuthehong ea Senyesemane e Port Moresby e le hore ke itokisetse ho ea sekolong sena. Ka tsela eo ke ile ka ithuta puo ea bone, e leng Senyesemane.

Letsatsing la kabo ea mangolo, ke ile ka bolelloa hore ke ea Phuthehong ea Alotau e Profinseng ea Milne Bay. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, ke ile ka hlolloa ha ke khetheloa ho ba molebeli oa potoloho ebile thabo ea ka e ne e khaphatseha. Ha ke qala ho potoloha ke ne ke etela liphutheho tsa New Britain, New Ireland, Sehlekehleke sa Manus le lihlekehleke tse ling tse haufi. Ka 2006 ke ile ka nyala lehakoe la pelo ea ka Judy, ’me ra ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ka nako e ka etsang selemo. Ka mor’a moo, ra ba mosebetsing oa potoloho hammoho.

Ha ke etela liphutheho, ke atisa ho re ho bacha: “Jehova ke Tichere ea rōna e khōlō ka ho fetisisa. Kahoo mo tloheleng a le rute, hobane a ka le thusa hore le atlehe e le kannete bophelong.” Ka sebele ena ke thuto ea bohlokoa eo ke ithutileng eona.

[Setšoantšo]

’Na le mosali oa ka Judy

[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 156, 157]

LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA—Papua New Guinea

1930

1935 Bo-pula-maliboho ba tsamaeang ka sekepe sa Mokhatlo se bitsoang Lightbearer ba bolela litaba tse molemo Port Moresby.

1940

1950

1951 Tom le Rowena Kitto ba fihla Port Moresby.

1956 Bo-pula-maliboho ba fallela New Ireland le New Britain.

1957 John Cutforth o etsa litšoantšo tse rutang.

1960

1960 Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba o ngolisoa ka molao.

1962 Tom le Rowena Kitto ba fallela metseng e lithabeng tsa New Guinea.

1965 Ho hahoa ofisi ea lekala Koki, Port Moresby.

1969 Ho tšoaroa Kopano ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng,” Haima, Papua.

1970

1975 Papua le New Guinea lia kopana hore e be Papua New Guinea.

1977-1979 Mahoohoo a befileng a senya Liholo Tsa ’Muso Profinseng ea Milne Bay.

1980

1987 Ho neheloa ofisi ea lekala e ncha.

1989 Ho qhoma ntoa ea lehae Sehlekehlekeng sa Bougainville.

1990

1991 Molula-Qhooa o hatisoa ka Setok Pisin le Sehiri Motu ka nako e le ’ngoe le Senyesemane.

1994 Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele e qala ho sebetsa.

1994 Seretse se foqohang se senya Rabaul, New Britain.

1999 Ho thehoa Lefapha la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso lekaleng.

2000

2002 Ho hahoa Holo ea Kopano Gerehu, Port Moresby.

2010

2010 Ho neheloa mehaho e atolositsoeng ea ofisi ea lekala.

2020

[Krafo/Setšoantšo se leqepheng la 118]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Kakaretso ea Bahoeletsi

Kakaretso ea Bo-pula-maliboho

3,500

2,500

1,500

500

1955 1965 1975 1985 1995 2005

[Limmapa tse leqepheng la 81]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

PAPUA NEW GUINEA

PORT MORESBY

Wewak

Nōka ea Sepik

Kambot

Dimiri

Biwat

Nōka ea Yuat

Wabag

Mount Hagen

Banz

Phula ea Wahgi

LITHABA TSA NEW GUINEA

Letša la Murray

Nōka ea Fly

Basken

Talidig

Bagildig

Madang

Goroka

Kainantu

Lae

Bulolo

Wau

Kerema

Savaiviri

Kou ea Papua

Popondetta

Tsela ea Kokoda

Hula

Agi

Govigovi

Alotau

LEOATLE LA CORAL

Sehlekehleke sa Manus

Lihlekehleke Tsa Bismarck

LEOATLE LA BISMARCK

Sehlekehleke sa Bagabag

New Britain

Rabaul

Kokopo

Sehlekehleke sa Kurmalak

New Ireland

Kavieng

LEOATLE LA SOLOMON

Sehlekehleke sa Goodenough

Sehlekehleke sa Buka

Sehlekehleke sa Bougainville

Sehlekehleke se Senyenyane sa Nukumanu

Equator

Haima

Six Mile

Hanuabada

Boema-kepe ba Port Moresby

’Maraka oa Koki

Sehlaba sa Sogeri

Ioadabu

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 74]

[Setšoantšo se leqepheng la 77]

Lightbearer

[Setšoantšo se leqepheng la 78]

Bahoeletsi ba pele ba mona, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ho le letona: Bobogi Naiori, Heni Heni Nioki, Raho Rakatani le Oda Sioni

[Setšoantšo se leqepheng la 79]

Motse oa Hanuabada ’me morao mane ke toropo ea Port Moresby

[Setšoantšo se leqepheng la 82]

Shirley le Don Fielder nakoana pele ba fihla

[Setšoantšo se leqepheng la 85]

Holo ea ’Muso ea pele ka har’a naha, motseng oa Haima, Port Moresby

[Setšoantšo se leqepheng la 87]

John Cutforth

[Setšoantšo se leqepheng la 89]

Kopi ea litšoantšo tse rutang

[Litšoantšo tse leqepheng la 90]

Ka ho le letona: John Cutforth o ruta ka litšoantšo; ka tlaase: mor’abo rōna o jere letlapa la litšoantšo le sebelisoang boboleling metseng ea mahaeng

[Setšoantšo se leqepheng la 92]

Alf Green, David Walker le Jim Smith

[Litšoantšo tse leqepheng la 93]

Ka ho le letšehali: Shirley, Debbie le Don Fielder; ka ho le letona: Don le seketsoana sa hae

[Setšoantšo se leqepheng la 96]

Jim Smith le Glenn Finlay

[Setšoantšo se leqepheng la 97]

Stephen Blundy o tšela Kou ea Kerema

[Setšoantšo se leqepheng la 99]

Rosina le Ken Frame

[Setšoantšo se leqepheng la 102]

Matthew le Doris Pope

[Litšoantšo tse leqepheng la 103]

Lehae la Magdalen le John Endo e bile sebaka sa pele seo ho ileng ha kopaneloa ho sona Lae

[Setšoantšo se leqepheng la 109]

Lithabeng

[Setšoantšo se leqepheng la 110]

Tom le Rowena Kitto ba eme ka pele ho ntlo ea bona le lebenkele la bona le lenyenyane Wabag

[Setšoantšo se leqepheng la 113]

Erna le Berndt Andersson

[Setšoantšo se leqepheng la 114]

Kerry Kay-Smith le Jim Wright

[Setšoantšo se leqepheng la 115]

Mike Fisher Nōkeng ea Sepik

[Litšoantšo tse leqepheng la 123]

Holo ea ’Muso ea Agi e ileng ea chesoa ke linokoane empa ea nchafatsoa ea ba ea atolosoa

[Setšoantšo se leqepheng la 127]

Elsie le Bill Thew

[Setšoantšo se leqepheng la 128]

“Puapua” e tsamaea ka lebelo le phahameng leoatleng

[Setšoantšo se leqepheng la 128]

Seketsoana se bitsoang “Pioneer,” se hahiloeng ke Berndt Andersson

[Litšoantšo tse leqepheng la 131]

Ho nka leeto Nōkeng ea Sepik

[Litšoantšo tse maqepheng a 132, 133]

Ka ho le letšehali: Molebeli oa potoloho Warren Reynolds le mosali oa hae, Leann, ha ba etetse motseng oa Biwat; ka holimo: puo ea phatlalatsa ha a etetse motsana oa Dimiri

[Setšoantšo se leqepheng la 135]

Soare Maiga

[Setšoantšo se leqepheng la 135]

Kora Leke

[Setšoantšo se leqepheng la 136]

Save Nanpen

[Setšoantšo se leqepheng la 139]

Geordie le Joanne Ryle

[Setšoantšo se leqepheng la 145]

Ba bang ba bana bana ba ile ba lelekoa sekolong ha ba hana ho lumelisa folakha

[Litšoantšo tse maqepheng a 152, 153]

Ka ho le letšehali: Rabaul, ’me thōkoana mane ke Thaba ea Tavurvur e foqohileng seretse; tlaase mona: Holo ea ’Muso ea Rabaul e ileng ea senyeha ka 1994

[Setšoantšo se leqepheng la 155]

Sehlopha sa bafetoleli ka 2010

[Litšoantšo tse leqepheng la 161]

Lekala la Papua New Guinea

Komiti ea Lekala: Dan Burks, Timo Rajalehto, Kegawale Biyama, Craig Speegle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela