Dominican Republic
KA 1492, sekepe sa Christopher Columbus se ile sa ema haufi le sebaka seo ho neng ho ka thoe ke Lefatše le Lecha. O ile a bitsa se seng sa lihlekehleke tseo a ileng a fihla ho tsona La Isla Española, kapa Hispaniola, ’me hona joale karolo e khōlō ea sona ke Dominican Republic. Morao tjena, baahi ba likete ba Dominican Republic ba ithutile ka ho hong ho fapaneng, e leng lefatše lecha la ho loka le tlas’a Puso ea Molimo. (2 Pet. 3:13) Karolong ena re tla ithuta ka pale e monate ea kamoo batho ba Dominican Republic ba ratang Molimo ba ileng ba ithuta ka ’Muso oa hae.