Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 82-leq. 85 ser. 3
  • Tlhaloso e Khutšoanyane ea Dominican Republic

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhaloso e Khutšoanyane ea Dominican Republic
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 82-leq. 85 ser. 3
Setšoantšo se leqepheng la 82

DOMINICAN REPUBLIC

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Dominican Republic

’Mapa o leqepheng la 83

Naha Dominican Republic e sehlekehlekeng sa Hispaniola ebile ke eona karolo e khōlō ea sehlekehleke sena; karolo e ’ngoe ke Haiti. Naha ena e na le meru e lulang e le metalana, lithaba tse telele, mekhoabo le mahoatata. Sebaka se phahameng ka ho fetisisa sa Dominican Republic, e leng Pico Duarte, se phahametse leoatle ka limithara tse 3 175. Ho na le mabōpo a leoatle a matle a nang le lehlabathe le lesoeu, ’me ka har’a naha ho na le liphula tse khōlō tse kang Cibao Valley.

Batho Baahi ba bangata ba Dominican Republic ke batho ba ’mala. Ho boetse ho na le merabe e nang le batho ba ’maloa, ’me oa batho ba tsoang Haiti ke oona o nang le batho ba bangatanyana.

Puo Sepanishe ke puo ea molao ea Dominican Republic.

Setšoantšo se maqepheng a 84, 85

Bara le barali babo rōna ba thabela botsoalle

Mokhoa oa Boipheliso Merafo, tsoekere, kofi le lifeme tsa koae ke mohloli o ka sehloohong oa chelete e kenang naheng ena. Morao tjena moruo o ile oa hōla ka lebaka la bohahlauli le lifeme.

Tlelaemete Naha ena e chesa ka ho itekanetseng ebile e mongobo, thempereichara ea eona e atisa ho ba likhato tse 25 tsa Celsius. Hangata ho na pula e fihlang botebong ba limilimithara tse fetang 2 032 libakeng tse lithabeng ka leboea-bochabela, athe libakeng tseo pula e sa neng haholo ho tsona e fihla botebong ba limilimithara tse 760. Ka linako tse ling ho ba le lifefo le maholiotsoana.

Setso Lijo tse tloaelehileng ke raese, linaoa le meroho. Batho ba Dominican Republic ba boetse ba rata ho ja tlhapi, litholoana, lipepere le libanana tse halikoang. Lijo tse ling ho tsena li sebelisoa ha ho etsoa sejo se ratoang se bitsoang La Bandera Dominicana. Batho ba mona ba rata ho bapala baseball, ’mino le ho tantša, haholo-holo tantši e bitsoang merengue. Liletsa tse sebelisoang haholo mona ke katara, meropa, lekolilo le marimba.

NAHA

48 671 km2

PALO EA BAAHI

10 404 000

PALO EA BAHOELETSI KA 2014

38 161

MOHOELETSI A LE MONG O LOKELA HO PAKELA BATHO BA

273

BA BILENG TENG SEHOPOTSONG KA 2014

132 760

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela