DOMINICAN REPUBLIC
Ho Amohela ’Nete
Batho ba Qala ho Amohela ’Nete
Ka Sontaha sa la 1 April, 1945 baromuoa ba tsoang Gileade e leng Lennart le Virginia Johnson ba ile ba fihla Ciudad Trujillo (eo hona joale e bitsoang Santo Domingo), e leng motse-moholo oa Dominican Republic. Ke bona Lipaki tsa pele tse ileng tsa fihla naheng ena e neng e sentsoe ke ntoa.a Buka ea Selemo ea 1946 ea Senyesemane e ile ea re: “Ena ke tšimo eo bo-pula-maliboho ba ka thabelang ho e sebetsa ’me baromuoa bana ba ne lokela ho e qala qalong.” Nahana feela hore ho ne ho le joang: Ho se na ofisi ea lekala, Liholo tsa ’Muso le liphutheho. Ho ne ho se motho eo baromuoa ba mo tsebang, ba tseba mantsoe a ’maloa feela a Sepanishe ’me ba se na lehae kapa thepa. Ba ne ba tla etsa joang?
Lennart o re: “Re ile ra batla bolulo Victoria Hotel moo re neng re lefa lidolara tse hlano ka letsatsi bakeng sa bolulo le lijo. Thapameng eo, re ile ra qalisa thuto ea pele ea lehae ea Bibele. Empa ho tlile joang hore seo se etsahale? Basali ba babeli ba Dominican Republic bao re neng re ithuta Bibele le bona ha re le Brooklyn ba ile ba re fa mabitso a beng ka bona le metsoalle, ’me e mong oa bona e ne e le Dr. Green. Ha re mo etetse re ile ra kopana le moahelani oa hae, e leng Moses Rollins. Ka mor’a hore ba tsebe hore na re fumane mabitso a bona le liaterese joang, ba ile ba mamela molaetsa oa ’Muso ka hloko ’me ba lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Ka mor’a nakoana, Moses e ile ea e-ba mohoeletsi oa pele oa sebakeng seo.”
Mathoasong a June 1945, ho ile ha fihla baromuoa ba bang ba bane ’me ka mor’a nakoana ba ne ba se ba tsamaisitse lingoliloeng tse ngata ba bile ba qalisitse lithuto tsa Bibele tse ngata. Ka October ho ile ha hlaka hore ba hloka sebaka seo ba ka kopanelang ho sona. Kahoo baromuoa bao ba ile ba lokisa karolo e ’ngoe ea lehae la baromuoa hore e be Holo ea ’Muso e itekanetseng. Batho ba 40 ba ne ba e-ba teng libokeng.
E mong oa batho ba pele ba ileng ba amohela ’nete ke Pablo Bruzaud, eo batho ba bangata ba mo tsebang e le Palé. O ne a khanna bese e tlohang Santiago e ea Ciudad Trujillo, kahoo a ea motse-moholo khafetsa. Ka letsatsi le leng ha a le Ciudad Trujillo, Palé o ile a buisana le Lipaki tse peli ’me tsa mo fa buka ea “’Nete E Tla Le Lokolla.” O ile a qala ho ithuta Bibele le tsona letsatsi le letsatsi. Ka mor’a nakoana, Palé o ile a qala ho ea tšimong le baromuoa ’me ba ne ba tsamaea ka bese ea hae. Hamorao o ile a kopana le Lennart Johnson, ’me a tsamaea le eena ho tloha Ciudad Trujillo ho ea Santiago ba feta lithabeng ’me ba leba toropong e lebōpong la leoatle ea Puerto Plata, e le hore ba etele batho ba thahasellang ba ileng ba ngolla ntlo-khōlō e Brooklyn, New York.
Ketelo ea Mor’abo rōna Knorr le Mor’abo rōna Franz
Ka March 1946, Nathan Knorr le Frederick Franz ba tsoang ntlo-khōlō ba ile ba etela Dominican Republic. Batho ba bangata ba ne ba lebeletse ketelo eo ka tjantjello ’me batho ba 75 ba thahasellang ba ile ba mamela puo ea Mor’abo rōna Knorr. Ketelong eo, Mor’abo rōna Knorr o ile a lokisetsa hore ho be le ofisi ea lekala Dominican Republic.
Mor’abo rōna Knorr le Mor’abo rōna Franz ba Holong ea ’Muso ea pele e Ciudad Trujillox
Ho ile ha fihla baromuoa ba eketsehileng ’me ho elella qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 1946, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 28 naheng eo. Kaha mosebetsi oa boboleli o ne o sa tsoa qala naheng ena, baromuoa ba ne ba qeta nako e telele ba etsa ’mapa oa tšimo ka hloko e le hore ba e akaretse ka tsela e hlophisehileng.
Mosebetsi o Tsoela Pele
Ka 1947, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba fetang 59 ba kopanelang mosebetsing oa boboleli. Selemong sona seo, baromuoa ba bang ba neng ba sebeletsa Cuba ba ile ba abeloa ho ea Dominican Republic. Ba bang ba bona e ne e le Roy le Juanita Brandt. Mor’abo rōna Brandt o ile a sebeletsa e le mohlanka oa lekala ka lilemo tse leshome.
Ho elella qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 1948, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 110 ba bolelang litaba tse molemo hammoho le baromuoa bao ba sebetsang ka thata. Leha ho le joalo, bahoeletsi bao ba chesehang ba ne ba sa tsebe hore ba letetsoe ke mahloriso a sehlōhō.
a Lingoliloeng tsa Watch Tower li ile tsa qala ho ajoa ka 1932 naheng ea Dominican Republic. Empa batho ba ile ba qala ho khanneloa lithuto ka 1945 ha ba ha Johnson ba fihla.