Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 94-leq. 97 ser. 1
  • Ho Kenngoa Teronkong & ho Thibeloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Kenngoa Teronkong & ho Thibeloa
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lihloohoana
  • Ho Koalloa Teronkong ka Lebaka la ho Hana ho Kena Sesoleng
  • Lipaki Tsa Jehova Lia Thibeloa
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 94-leq. 97 ser. 1

DOMINICAN REPUBLIC

Ho Kenngoa Teronkong le ho Thibeloa

Ho Koalloa Teronkong ka Lebaka la ho Hana ho Kena Sesoleng

Litšoantšo tse leqepheng la 95

Setšoantšo sa Enrique Glass le sa teronko eo a neng a koalletsoe ho eona ka libeke tse peli

Ka la 19 June, 1949, sehlopha sa batho ba Dominican Republic ba neng ba lelekiloe ka har’a naha ba ile khutlela hae e le hore ba phethole ’muso oa Rafael Trujillo oa mohatelli. Le hoja morero oa bona o ile oa nyopa, ’muso oa Trujillo o ile oa tšoara baahi bohle ba neng ba hana ho kenela tšebeletso ea sesole le bao ’muso o neng o nka hore ke lira tsa oona. León, Enrique, Rafael Glass hammoho le Lipaki tse ling tse neng li sebetsa le León ke ba bang ba Lipaki tsa pele tse ileng tsa tšoareloa ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole.

León o re: “Masole a mautloela a ile a re tšoara a ba a re hloma lipotso. Ka mor’a hore ba re tšose ba ile ba re lokolla, empa ka mor’a matsatsi a ’maloa ra boela ra bitsoa ka tsela e seng molaong hore re kenele tšebeletso ea sesole. Ha re hana, ba ile ba re isa teronkong. Ha re fihla re ile ra fumana Lipaki tse ling tse ’nè, ’me tse peli e le banab’eso. Ka mor’a hore re lokolloe re ile ra ahloloa hape. Re ne re busetsoa teronkong ka mor’a letsatsi kapa a ’maloa, ’me sena se etsahetse ka makhetlo a mararo. Re ile ra koalloa teronkong hoo e ka bang ka lilemo tse supileng, ’me kahlolo ea ho qetela ea e-ba lilemo tse hlano.”

‘Esita le ha re ne re shapuoa kapa re otloa ka melamu le ka lithunya, re ne re mamella kaha Jehova o ne a re fa matla a ho mamella’

Bophelo ba teronkong e ne e le teko ho barab’abo rōna. Batšoaruoa ba bang le balebeli ba chankana ba ne ba ba hlorisa bosiu le motšehare. Molaoli oa chankana ea Fort Ozama e leng moo ba ileng ba koalloa ka lekhetlo la pele o ile a re: “Lōna Lipaki Tsa Jehova, mohlang le seng le le lipaki tsa Diabolose le ntsebise ke tsebe ho le lokolla.” Leha ho le joalo, bahanyetsi bao ha baa ka ba sitisa barab’abo rōna ho lula ba tšepahala. León o ile a re: ‘Kamehla Jehova o ne a re fa matla a ho mamella, ’me o ne a re thusa le linthong tse nyenyane. Esita le ha re ne re shapuoa kapa re otloa ka melamu le ka lithunya, re ne re mamella kaha Jehova o ne a re fa matla a ho mamella.’

Lipaki Tsa Jehova Lia Thibeloa

Naheng eohle lira tsa batho ba Jehova li ne li lomahantse meno ho ba hlorisa. Leha ho le joalo, ntle ho baromuoa ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 238 ka May 1950, Dominican Republic. Ba 21 e ne e le bo-pula-maliboho ba kamehla.

Ho sa le joalo, mpimpi e ’ngoe e ile ea ngolla Mongoli oa Mopresidente, ea re: “Lequloana lena la Lipaki Tsa Jehova le tsoela pele ka mafolofolo ho etsa mosebetsi oa lona likarolong tsohle tsa motse ona [Ciudad Trujillo].” Ha e tsoela pele e ile ea re: “Ke boela ke ipiletsa hore le behoe leihlo kaha mosebetsi oa lona oa boboleli o faposa batho ba bangata hore ba hane ho kenela tšebeletso ea sesole.”

Setšoantšo se leqepheng la 97

Sehlooho sa koranta se bontšang likahlolo tsa barab’abo rōna ka lebaka la ho hana ho kena sesoleng

Mongoli oa Litaba Tsa Lehae le Sepolesa e leng J. Antonio Hungría, o ile a laela Mor’abo rōna Brandt hore a ngole lengolo le hlalosang boemo ba Lipaki litabeng tsa sesole, ho lumelisa folakha le ho lefa lekhetho. O ile a ngola a sebelisa boitsebiso ba buka ea “’Nete e be ea Molimo.” Leha ho le joalo, ka la 21 June, 1950, monghali Hungría o ile a ntša taelo ea hore Lipaki Tsa Jehova li thibeloe ka molao Dominican Republic. Mor’abo rōna Brandt o ile a bitsetsoa ofising ea Hungría hore a ikutloele ha ho baloa thibelo eo. Mor’abo rōna Brandt o ile a botsa hore na baromuoa ba lokela ho tsoa ka har’a naha. Hungría o ile a re ba ka lula hafeela ba mamela molao ba bile ba sa bolelle baahi ka bolumeli ba bona.a

a Libeke tse ’maloa pele ho etsoa thibelo, baruti ba K’hatholike ba ile ba ngola lihlooho tse telele likoranteng ba qosa Lipaki Tsa Jehova ka hore li sebelisana le makomonisi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela