Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 122-leq. 123 ser. 7
  • “Ke Tla Lula ke le Paki ea Jehova”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Tla Lula ke le Paki ea Jehova”
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Leboha Jehova ho sa Tsotellehe Masisa-Pelo ao ke Fetileng ho ’Ona Bophelong—Kamoo Bibele e Nthusitseng Hore ke Mamelle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Tela Lintho Tse Ngata ka Lebaka la Ntho e ’Ngoe e Khōloanyane
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 122-leq. 123 ser. 7

DOMINICAN REPUBLIC

Ke Tla Lula ke le Paki ea Jehova

Ana María (Mary) Glass

  • O HLAHILE KA 1935

  • O KOLOBELITSOE KA 1956

  • PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le mocha ea chesehang oa Mok’hatholike ea ileng a ithuta Bibele ’me ka sebete a mamella ha a hanyetsoa ke ba lelapa, litho tsa Kereke hammoho le ’muso.

Setšoantšo se leqepheng la  122

KE NE ke rata bolumeli ’me ke le setho se chesehang sa Kereke e K’hatholike. Ke binela k’hoaere ea kereke ’me ke tsamaea le moruti ha a ea likerekeng tse ling ka har’a naha moo a neng a il’o tšoara litšebeletso. Ka 1955, ausi oa ka o ile a mpolella ka Paradeise. A mpha Bibele, bukana ea “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso” le buka ea “’Nete e be ea Molimo.” Ke ne ke hloletsoe, kahoo ka botsa moruti hore na ho loketse hore ke bale Bibele. O ile a mpolella hore “ke tla hlanya,” empa ka e bala.

Ka mor’a hore ke e’o lula le Nkhono le Ntate-moholo motseng oa Boca Chica, moruti o ile a mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke sa ee kerekeng. Ke ile ka re ke hobane lithuto tse ngata tse rutoang kerekeng ha li hlahe ka Bibeleng. Moruti eo o ile a tlakoloha ka bohale ’me a re: “Bona mona ausinyana, u nku e hlahlatheletseng hōle le mohlape oa ka.”

Ke ile ka mo araba ka re: “Che, ke uena ea hlahlatheletseng hōle le mohlape oa Jehova hobane linku ke tsa Jehova hase tsa mang kapa mang.”

Ha kea ka ka hlola ke e-ea kerekeng. Ke ile ka ea lula le ausi oa ka eaba ka mor’a ho ithuta Bibele ka likhoeli tse tšeletseng, kea kolobetsoa. Hang ka mor’a moo, ke ile ka ba pula-maliboho ea kamehla. Selemo ka mor’a moo, ka nyaloa ke Enrique Glass, eo e neng e le molebeli oa potoloho. Ka letsatsi le leng ha re ntse re paka sebakeng sa boikhathollo se La Romana, mapolesa a ile a tšoara Enrique. Ha ba tsamaea le eena ke ile ka tla ke matha ka mor’a bona ’me ka re: “Le ’na ke Paki ea Jehova ’me ke ne ke ntse ke bua le batho ka Bibele. Ke hobane’ng ha le sa ntšoare le ’na?” Empa ha baa ka ba ntšoara.

Enrique o ne a se a ile a tšoaroa ka nako e ka etsang lilemo tse supileng le halofo. Lekhetlong lena o ile a ahloleloa ho hlola selemo le likhoeli tse robeli teronkong. Ke ne ke mo etela Sontaha se seng le se seng. Ka lekhetlo le leng mookameli oa teronko o ile a mpotsa a re: “U batla’ng moo?”

Ka re: “Monna oa ka o tšoaretsoe ho ba Paki ea Jehova.”

O ile a nkaraba a re: “U sa le monyenyane ’me u na le bokamoso bo khanyang, ke hobane’ng ha u itšenyetsa nako ka Lipaki Tsa Jehova?”

Ke ile ka re: “Le ’na ke Paki ea Jehova. Esita leha u ka mpolaea ka makhetlo a supileng ’me ua ntsosa ka makhetlo a supileng, ke tla lula ke le Paki ea Jehova.” O ile a teneha eaba oa nteleka.

Ka mor’a hore re lumelloe ho paka, ’na le Enrique re ile ra potoloha ’me ra etsa mosebetsi oa setereke ka lilemo tse ’maloa. Enrique o ile a hlokahala ka la 8 March, 2008. Ke ntse ke le pula-maliboho ea kamehla.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela