Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 120-leq. 121 ser. 3
  • “Hore ’Muso oa Molimo o Tla Tla Hase Toro”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hore ’Muso oa Molimo o Tla Tla Hase Toro”
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Tlohetse ho ba Sengangele sa Lipolotiki ka ba Mokreste ea sa Nkeng Lehlakore
    Tsoha!—2002
  • Tumelo ea Lekoa Poland
    Tsoha!—2000
  • Ho Hasa Peō ea ’Muso ka Linako Tsohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Bone Hore Jehova o Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 120-leq. 121 ser. 3

DOMINICAN REPUBLIC

’Muso oa Molimo Hase Toro

Efraín De La Cruz

  • O HLAHILE KA 1918

  • O KOLOBELITSOE KA 1949

  • PALE EA BOPHELO BA HAE Le hoja a ile a kenngoa literonkong tse supileng ’me a otloa ka sehlōhō, ha ho mohla a kileng a khoehlisa mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo.

Setšoantšo se leqepheng la 120

KA 1948, ’na le mosali oa ka Paula hammoho le morali oa rōna re ile ra qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova, Blanco Arriba. Re ne re tsamaea lik’hilomithara tse 40 ho ea le ho khutla, empa ha ho mohla re kileng ra lofa liboka. Ka la 3 January, 1949, ’na le mosali oa ka re ile ra kolobetsoa.

Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, ke ile ka tšoaroa hammoho le litho tse ling tsa phutheho ’me ra hlola likhoeli tse tharo teronkong. Re ne re robala fatše ’me re fuoa lijo hang ka letsatsi, re e-ja libanana tse tala le tee. Ka mor’a ho lokolloa teronkong, bahlanka ba ’muso ba ile ba re tšosa ba nahana hore re tla khaotsa ho paka. Empa ha re fihla hae, ra qala ho ea libokeng le ho paka ka sekhukhu. Kaha bahlanka ba ’muso ba ne ba lula ba re behile leihlo, re ne re kopanela malapeng, masimong a kofi kapa mapolasing. Ho e-na le ho kopanela sebakeng se le seng hangata, qetellong ea seboka ka seng re ne re bolela hore na re tla kopanela hokae bakeng sa liboka tse hlahlamang. Ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re ne tsamaea ka bonngoe ’me re apara liaparo tsa mosebetsi, re sa sebelise lingoliloeng kapa Bibele. Ho ntse le ho le joalo, lipakeng tsa 1949 le 1959, ke ile ka kenngoa literonkong tse supileng, ’me teronkong ka ’ngoe ke hlola likhoeli tse tharo ho ea ho tse tšeletseng.

Ke ne ke lokela ho ba hlokolosi kaha batho ba bang ba neng ba ntlhorisa e ne e le beng ka ’na. Le hoja ke ne ke ipata lithabeng kapa polasing hore ke se ke ka tšoaroa, ka linako tse ling ke ne ke tšoaroa. Ka lekhetlo le leng ka mor’a hore ke tšoaroe, ke ile ka isoa teronkong ea La Victoria e Ciudad Trujillo, moo ho neng ho koalloa batšoaruoa ba 50 ho ea ho 60 ka seleng e le ’ngoe. Ha re le moo, re ne re fuoa lijo habeli ka letsatsi; re fuoa lipabi hoseng, motšehare teng re fuoa raese e nyenyane ka linaoa. Re ne re pakela batšoaruoa ba bang, re tšoara liboka kamehla, moo re neng re pheta litemana tsa Bibele ka hlooho ’me re pheta liphihlelo tsa tšebeletso ea rōna.

Lekhetlo la ho qetela leo ke bileng teronkong ka lona, lesole le leng le ile la nkotla ka sethunya hloohong le likhopong. Le hoja ke ntse ke kula ka lebaka la ho otloa le ho tšoaroa hampe, liteko tseo li ile tsa matlafatsa tumelo ea ka, tsa nthusa ho mamella ’me tsa matlafatsa boikemisetso ba ka ba ho sebeletsa Jehova.

Ke se ke le lilemo li 96 ’me ke mohlanka ea sebeletsang. Le hoja ke se ke sa khone ho tsamaea nako e telele, ke lula ka pel’a ntlo ea ka ebe ke pakela batho bohle ba fetang ka tsela. Hore ’Muso oa Molimo o tla tla hase toro. O tla fela o tle ’me ke ’nile ka bolella batho ka oona ka lilemo tse 60. Lefatše le lecha e ntse e le la sebele feela joaloka nakong eo ke neng ke utloa molaetsa oa ’Muso ka lekhetlo la pele.a

a Efraín De La Cruz o ile a hlokahala ha tlaleho ena e ntse e ngoloa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela