Tumelo ea Lekoa Poland
JOALOKAHA HO BOLETSE JAN FERENC
KE NE ke sa le moshanyana ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa. Ke sa hopola hantle mor’abo Ntate eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ne a tloaetse ho etela lapeng ebe o re balla Bibele. Batsoali ba ka ba ne ba sa thahaselle, empa ’na le moholoane oa ka Józef le khaitseli ea ka Janina re ne re thahasella e le kannete. Kapelenyana re ile ra tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Jehova ka kolobetso. Ke ne ke le lilemo li 14 ha ke kolobetsoa.
Ha batsoali ba rōna ba hlokomela phello e ntle eo thuto ea Bibele e bileng le eona bophelong ba rōna, ba ile ba qala ho mamela. Ha Ntate a hlokomela hore Bibele e nyatsa borapeli ba litšoantšo, o ile a re: “Haeba ke seo Lentsoe la Molimo le se bolelang, baprista ba re hlokisitse tsebo. Mora, theola litšoantšo tsohle tse maboteng ’me u li lahle!” Batsoali ba ka ba ile ba kolobetsoa hoo e ka bang lilemo tse peli hamorao. Ba ile ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela lefung.
Mathata ao re Ileng ra Tobana le ’Ona
Lipaki tsa Jehova li ile tsa tobana le linako tse thata ka mor’a hore ntoa e lale. Ka mohlala, ofisi e Lodz e ile ea hlaseloa ke Ofisi ea Tšireletseho, ’me ba sebetsang teng ba ile ba tšoaroa. Poland e ka bochabela likhukhuni tsa Lebotho la Naha le Hlometseng, li ile tsa hlasela Lipaki tsa Jehova ka sehlōhō li susumetsoa ke baruti ba K’hatholike.a
Hape hoo e ka bang ka nako ena, balaoli ba Makomonisi ba ile ba hlakola tumello eo ba neng ba re file eona hore re tšoare likopano, ’me ba ile ba leka le ho emisa likopano tse neng li se li ntse li tsoela pele. Leha ho le joalo, khanyetso e hōlang e ile ea mpa ea eketsa boikemisetso ba rōna ba ho tsoela pele ho bolela ka ’Muso oa Molimo. Ka 1949 re ile ra tlaleha Lipaki tse fetang 14 000 hōle Poland.
Kapele ke ile ka ba pula-maliboho, mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova. Kabelo ea ka ea pele e ne e le lik’hilomithara tse ka bang 500 hōle le hae. Leha ho le joalo, hamorao ke ile ka khethoa hore ke sebeletse ke le molebeli ea tsamaeang sebakeng se ka bochabela ho Lublin, hase hōle haholo le moo batsoali ba ka ba neng ba lula teng.
Ho Tšoaroa le ho Hlorisoa
Ka June 1950, balaoli ba Makomonisi ba ile ba ntšoara ’me ba nqosa ka hore ke sehloela sa United States. Ke ile ka lahleloa ka phaposing e ka tlaase e mongobo. Ke ile ka ntšoa bosiu ho ea botsoa lipotso ke ofisiri e batlisisang. E ile ea re ho ’na: “Mokhatlo oa bolumeli oo u leng setho sa oona ke sehlopha sa bokhelohi hape ke sera sa Naha ea rōna. Lekala la ofisi ea lōna le sebeletsa tšebeletso ea tsa mahlale ea Amerika. Re na le bopaki! Barab’eno ba se ba lumetse hore ba ile ba pholletsa le naha ba bokella boitsebiso bo mabapi le mehaho ea masole le lifektheri.”
Ho hlakile hore liqoso tsena e ne e le tsa bohata ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ofisiri eo e ile ea nkeletsa hore ke saene seteitemente se latolang hoo a ho bitsang “mokhatlo oa heno o soabisang.” O ile a leka ho etsa hore ke saene ka makhetlo a mangata. O bile a leka ho etsa hore ke ngole mabitso le liaterese tsa Lipaki tsohle tseo ke li tsebang hammoho le libaka tseo lingoliloeng tsa rōna li abuoang ho tloha ho tsona. Boiteko ba hae e bile ba lefeela.
Ka mor’a moo, liofisiri li ile tsa nkotla ka molangoana ho fihlela ke akheha. Eaba ba mpotlela ka metsi a mangata hore ke hlaphoheloe, ’me ka mor’a moo ba boela ba ntlhoma lipotso. Bosiung bo latelang, ke ile ka shapuoa ka sehlōhō liretheng. Ke ile ka kōpa Molimo ke hoelelitse hore a mphe matla a hore ke tiisetse. Ke nahana hore o ile a mpha ’ona. Ho hlongoa lipotso hona ha bosiu ho ne ho etsahala kamehla nako e ka etsang selemo.
Ke ile ka lokolloa chankaneng ka April 1951, empa Lipaki tse ngata li ne li ntse li kentsoe chankaneng. Ke ile ka ea ho Paki e ikarabellang ’me ka kōpa kabelo e ncha. E ile ea mpotsa: “Na ha u tšabe hore u tla tšoaroa hape?” Ke ile ka araba: “Ke ikemiselitse le ho feta pele ho sebetsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane.” Ke ile ka boela ka etsa mosebetsi oa ka oa ho ba molebeli ea tsamaeang, ’me hamorao ke ile ka memeloa hore ke hlophise khatiso le kabo ea lingoliloeng Poland.
Morao koo, re ne re sebelisa mechine ea khale e etsang likopi le listensele tsa boka bakeng sa ho kopitsa Molula-Qhooa. Boleng ba khatiso ea rōna bo ne bo se botle ’me re ne re lokela ho lefa theko e boima haholo bakeng sa pampiri, eo ka nako eo e neng e haella. Likopi li ne li tlameha ho etsetsoa libakeng tse ka thōko joaloka melikong, liphaposing tse ka tlaase le liphaposing tse marulelong. Ba neng ba fumanoa ba ne ba fuoa kotlo ea ho koalloa chankaneng.
Ke sa hopola seliba se psheleng seo re neng re se sebelisa. Leboteng la sona, hoo e ka bang limithara tse 11 ho ea tlaase ho ne ho e-na le lesoba le kenang kamoreng e nyenyane moo re neng re etsetsa likopi tsa limakasine teng. Hore re kene teng ho ne ho hlokahala hore re theoloe ka mohala. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke theoleloa ka selibeng ke kene ka har’a nkho e khōlō ea lehong, ka tšohanyetso mohala o ile oa khaoha. Ke ile ka ea oela fatše ’me ka robeha leoto. Ha ke tsoa sepetlele, ke ile ka khutlela ho sebetseng ka mochine o etsang likopi.
Hoo e ka bang nakong ena ke ile ka kopana le Danuta, mosebeletsi ea chesehang oa pula-maliboho. Re ile ra nyalana ka 1956, ’me ka lilemo tse ’nè tse latelang moo re ile ra sebetsa hammoho tšebeletsong bohareng ba Poland. Ka 1960 re ne re e-na le bana ba babeli, ’me re ile ra etsa qeto ea hore Danuta a tlohele tšebeletso ea nako e tletseng hore a ba hlokomele. Ka mor’a nako e khutšoanyane ke ile ka tšoaroa hape, ’me lekhetlong lena ka koalloa seleng e tletseng likhoto. Likhoeli tse supileng hamorao, ke ile ka ahloleloa lilemo tse peli chankaneng.
Ho Kena Chankaneng Hangata
Ho ne ho e-na le batšoaruoa ba fetang 300 chankaneng ea Bydgoszcz, ’me ke ile ka rapela Jehova hore ke abele ba lipelo li tšepahalang molaetsa oa ’Muso. Ke ile ka bua le mookameli oa chankana, ke etsa tlhahiso ea hore ke kute moriri. Ke ile ka makala ha a lumela. Ka potlako ke ne ke beola batšoaruoa, ke ba kuta moriri, ’me ke fana ka bopaki ho ba bonahalang ba thabela.
Kapelenyana motšoaruoa eo ke neng ke kuta moriri le eena o ile a arabela hantle moqoqong oa rōna. O ile a ba a qala le ho arolela ba bang lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng. Ka potlako mookameli oa chankana o ile a re laela hore re khaotse ho jala seo a ileng a re ke “ho phatlalatsoa ha likhopolo tse kotsi tse senyang.” Motho eo ke kutang moriri le eena o ile a tiea. O ile a hlalosa: “Ke ne ke tloaetse ho utsoa empa hona joale ke khaolitse. Nkile ka lemalla bokoali empa ke khaolitse ho tsuba. Bophelo ba ka bo na le morero, ’me ke batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.”
Ha ke lokolloa chankaneng, ke ile ka romeloa Poznan hore ke okamele “lebakeng la bohobe” joalokaha re ne re re litsi tsa rōna tsa sephiri tsa khatiso ke “lebakeng la bohobe.” Ho elella ka bo-1960, khatiso ea rōna e ne e ntlafetse haholo. Re ile ra ithuta mokhoa oa ho fokotsa boholo ba maqephe ka ho sebelisa mochine o hatisang boitsebiso bo leqepheng o sebelisa leqephe le lenyenyane ho leo—mohato oa bohlokoa theknolojing ea rōna—le ho sebelisa mechine ea Rotaprint offset. Hape re ile ra qala ho hatisa le ho tlama libuka ka 1960.
Nakoana ka mor’a moo, moahelani o ile a tlaleha mosebetsi oa rōna, ’me ka boela ka tšoaroa. Hoba ke lokolloe ka 1962, ke ile ka amohela kabelo ea ho ea sebeletsa Szczecin hammoho le ba bang ba ’maloa. Empa pele re tsamaea, re ile ra amohela seo re neng re lumela hore ke taelo e tsoang ho barab’abo rōna ba tšepahalang ba Bakreste e reng re fetole leeto la rōna re ee Kielce. Leha ho le joalo, ha re fihla teng re ile ra tšoaroa ’me ke ile ka ahloleloa selemo se seng le halofo chankaneng. Re ne re ekiloe ke baikhakanyi ba leng har’a rōna. Ba ile ba fumanoa hamorao ’me ba tlosoa har’a rōna.
Ha qetellong ke lokolloa chankaneng, ke ile ka khetheloa hore ke hlokomele tšebetso ea khatiso Poland kaofela. Ka 1974, ka mor’a lilemo tse leshome ke ntse ke qoba ho tšoaroa, ba ile ba nkhella mehlala ea ka ’me ba ntšoara Opole. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka isoa chankaneng ea Zabrze. Mookameli oa chankana o ile a re ho ’na: “Mosebetsi oa hao oa bobishopo o felile. Haeba u tsoela pele ho phatlalatsa likhopolo tse kotsi, u tla koalloa u le mong ka chankaneng.”
Ho Paka Chankaneng
Ho hlakile hore mosebetsi oa ka joaloka mosebeletsi o ne o e-s’o fele. Ha e le hantle, ke ile ka qala thuto ea Bibele le batšoaruoa-’moho le ’na ba babeli. Qetellong, ba ile ba tsoela pele hoo ke ileng ka ba kolobetsa ka har’a bate e khōlō chankaneng.
Le batšoaruoa ba bang ba ile ba arabela hantle boboleling ba rōna, ’me ka April 1977, re ile ra kopana ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. (Luka 22:19) Likhoeli tse peli hamorao ka June 1977, ke ile ka lokolloa, ’me ha kea ka ka hlola ke tšoaroa.
Ka nako ena balaoli ba ne ba se ba se khahlanong le mosebetsi oa rōna hakaalo. Ntle ho pelaelo ketelo ea litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova e ile ea thusa haholo. Ka 1977, ba bararo ba tsona ba ile ba bua le balebeli, bo-pula-maliboho le Lipaki tsa nako e telele metseng e sa tšoaneng. Selemong se latelang, ba babeli ba tsona ba ile ba etela Ofisi ea Litaba tsa Bolumeli e le ketelo ea botsoalle feela. Leha ho le joalo, ke ka 1989 ha thibelo e entsoeng mosebetsing oa rōna e tlosoa. Hona joale ho na le Lipaki tse ka bang 124 000 tse mafolofolo Poland.
Ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo, lilemong tsa morao tjena Danuta ha a sa khona ho tsamaea le ’na, empa oa nkhothatsa ’me o batla hore ke tsoele pele ke etela liphutheho. Ke tla lula ke leboha thuso ea hae e matlafatsang nakong ela ea ha ke ntse ke koalloa chankaneng hangata.
Ruri qeto eo ke ileng ka e etsa lilemong tse 50 tse fetileng ea ho sebeletsa Jehova Molimo e ne e nepahetse. Ke fumane thabo e khōlō ka ho mo sebeletsa ka pelo eohle. ’Na le mosali oa ka re bone hore mantsoe a Esaia 40:29 ke ’nete: “[Jehova] o fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1994 (ea Senyesemane), leqepheng la 213-22.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Re ile ra sebelisa mochine o etsang likopi ’me hamorao ra sebelisa mochine oa “Rotaprint offset” ho hatisa lingoliloeng
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
’Na le mosali oa ka Danuta