Ho Tlohela ho ba Tau e Purumang ho ba Konyana e Bonolo
Joalokaha ho boletse Enrique Torres, E Monyenyane
KE HLAHETSE sehlekehlekeng sa Puerto Rico se Caribbean ka 1941, moo ho buuoang Sepanishe. Batsoali ba ka ba maemo a tlaase e ne e le Mak’hatholike a Roma, empa bona esita le likhaitseli tsa ka le moen’a ka (ea ileng a hlokahala a sa le monyenyane) ho kopanyelletsa le ’na ha ho mohla re kileng ra fuoa koetliso ea bolumeli, ’me re ne re e-ea kerekeng seoelo.
Lelapa leso le ile la falla Puerto Rico la fallela United States ka 1949. Re ile ra lula East Harlem moo ho tsebahalang ka hore ke El Barrio, New York City. Re ile ra lula moo ho fihlela ka 1953. Ke ne ke thatafalloa ke ho bua Senyesemane. Tšitiso ena e ile ea nketsa hore ke ikutloe ke sa tšoanelehe.
Litšusumetso Tse Mpe
Hamorao lelapa leso le ile la fallela Prospect Heights e Brooklyn. Ke nakong ena moo lithaka tsa ka li ileng tsa ntšusumelletsa ho tsamaea le kenke ea seterateng. Hamorao ke ile ka bitsoa molaoli oa eona. Ka morao ho moo ke ile ka ba moeta-pele oa kenke e ’ngoe, e neng e sebetsana le ho utsoa likoloi. Hape ka ba moromuoa (’mokelli oa likoloto tsa papali ea chelete e seng molaong) ea sebeletsang bahlophisi ba papali ea chelete tikolohong eo. Ho tloha moo, ke ile ka qala ho thuha matlong ’me ka tšoaroa ka makhetlo a ’maloa pele ke e-ba lilemo li 15. Ka nako eo ke ne ke se ke tlohetse sekolo.
Ha ke le lilemo li 16, ba boholong ba ile ba ntelekela Puerto Rico ka lilemo tse hlano e le karolo ea kahlolo e bebofalitsoeng. Ke ile ka romeloa ho ntate-moholo le lelapa la hae. E ne e kile ea e-ba lepolesa ’me o ne a tumme a bile a hlompheha. Leha ho le joalo, selemo hamorao ntate-moholo o ile a nkhutlisetsa Brooklyn kaha ke ne ke kenella leqhōkōng la batho ba joala, ke tsamaea le batho ba mekhoa e mebe ke bile ke thuha matlong.
Karolo eo Ntate a e Phethileng Bophelong ba Ka
Ha ke khutlela New York City ke e-tsoa Puerto Rico, ke ile ka fumana Ntate a qalile ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, bophelo ba ka bo ne bo ikela hosele. Ke ile ka itsoella pele ho phela bophelo bo se nang tšabo ea bomolimo ’me ka kenella tšebelisong e mpe ea lithethefatsi le joala. Ke ile ka ba setho sa kenke e thuhang matlong le ea bosholu ba boqhobane, e leng ho ileng ha etsa hore ke tšoaroe ka 1960. Ke ile ka fumanoa ke le molato ’me ka ahloleloa lilemo tse tharo teronkong.
Ka 1963, ke ile ka lokolloa ke behetsoe lipehelo tse itseng. Empa nakoana hamorao ke ile ka boela ka tšoaroa ka lebaka la ho thuha matlong, ’me ka koalloa lilemo tse peli teronkong e Sehlekehlekeng sa Rikers, New York City. Ke ile ka lokolloa ka 1965. Empa selemong sona seo, ke ile ka tšoareloa ho bolaea motho. Ke ne ke se ke e-na le tšekamelo e tšabehang hakaakang e kang ea tau!
Lekhotla le ile la nkahlolela ho hoehla lilemo tse 20 Dannemora, ka leboea ho New York. Ha ke le moo ke ile ka tloaela bophelo ba teronko.
Leha ho le joalo, joalokaha ke boletse pejana, Ntate o ne a ithuta Mangolo le Lipaki tsa Jehova. Hamorao o ile a kolobetsoa ’me a sebeletsa e le moholo phuthehong ea Harlem. O ne a atisa ho nketela nakong ea ha ke le teronkong, ’me kamehla o ne a bua le ’na ka Molimo, lebitso la Hae le morero oa Hae.
Leha ho le joalo, ha ke ntse ke le teronkong ea Dannemora ke ile ka ba setho sa mokhatlo o alimanang ka chelete e batlang tsoala e holimo. Nakong ena, ka 1971, ho ile ha tsoha morusu teronkong e ’ngoe New York State, Teronkong ea Khalemelo ea Attica. Morusu oo o ile oa hlahella lihloohong tsa likoranta tse ngata ’me oa phatlalatsoa haholo khasong ea seea-le-moea le ea thelevishene. Ka mor’a morusu ona, e le ho thibela hore ho se ke ha e-ba le o tšoanang le oona Dannemora, molebeli oa teronko o ile a hlokomela hore o tlameha ho khetha batšoaruoa ba ka ’nang ba e-ba le tšusumetso e mpe ho batšoaruoa ba bang. O ile a ba arola ho ba bang ka ho ba kenya liseleng tse khethehileng.
Ho batšoaruoa ba 2 200, ba ka bang 200 ba rōna ba ile ba aroloa ho ba bang. Mehato e tsoelang pele e ile ea fella ka hore ba bang ba khakhathoe. Ho phaella moo, e le karolo ea se neng se bitsoa “phekolo e ntlafatsang boitšoaro,” ho ile ha tšeloa lithethefatsi lijong.
Lena e ne e se lekhetlo la pele ke koalloa ka seleng ke le mong ka lebaka la boitšoaro bo tsoileng taolong. Leha ho le joalo, lena e ne e le lekhetlo la pele ke fumana tšoaro e sehlōhō joalo, ’me ke ile ka ameha ka ho teba. Ke ile ka fasoa ka lihanaboi, ka fasoa maotong, ’me ka khakhathoa ke balebeli ka linako tse fapa-fapaneng. Ke ne ke boetse ke tlameha ho mamella ho hlapaoloa ka lebaka la morabe oa heso. Ka lebaka la tlotlollo le ho otloa, ke ile ka qeta nako eohle ea ha ke koaletsoe ke le mong ke ikorota lijo, e leng nako ea likhoeli tse ka bang tharo. Sena se ile sa etsa hore ke lahleheloe ke lik’hilograma tse ka bang 23 tsa boima ba ’mele.
Liofisiri tsa teronko li ile tsa hlokomoloha lipatlisiso tseo Ntate a neng a li etsa mabapi le ho fokolloa ha ka ke bophelo. Sena se ile sa etsa hore ke felloe ke tšepo, eaba ke reteleha ho ngolleng bo-ralipolotiki ho ba kōpa thuso ka tšoaro eo e leeme.
Ntate o ile a ea likoranteng ka makhetlo-khetlo mabapi le taba ea ho otloa, ho tlotlolloa, le ho tšeloa ha lithethefatsi lijong tsa batšoaruoa ba koalletsoeng liseleng tse khethehileng. Ke koranta e le ’ngoe feela, Amsterdam News, e ileng ea ngola sehlooho se buang ka maemo ao a sisimosang. Ntate o ile a ea ka makhetlo a ’maloa ho Mokomishinara oa Khalemelo, Albany, New York, ’me nako le nako a ’na a bolelloa hore ke koalletsoe seleng e tloaelehileng. Tlaleho ea ka e eang ho bo-ralipolotiki e ile ea oela ho bo-tsebe-tutu. Ke ile ka nyahama le ho feta, kaha ho ne ho bonahala eka ha ho moo nka retelehelang teng bakeng sa thuso.
Ke nakong ena ke ileng ka hopola tse ling tsa lintho tseo Ntate a neng a kile a mpolella tsona. Ke ile ka etsa qeto ea ho rapela Molimo hore a nthuse.
Ho Retelehela ho Molimo
Pele ke rapela, ke ile ka hopola khothatso e matla ea Ntate ea hore ke se ke ka rapela Jesu empa ke rapele Ntate oa Jesu, eo lebitso la hae e leng Jehova. Ke ile ka khumama fatše seleng ’me ka ikoahlaea ka tieo ka tsela ea bophelo eo ke e khethileng, e entseng hore ke qete nako e fetang halofo ea bophelo ba ka ke le teronkong. Ke ile ka rapela Jehova ka tieo hore a nthuse ke tsoe boemong bona hobane joale ke ne ke hlokomela hore ke eena feela ea nang le matla a ho ntokolla bothateng bona.
Ha ke tsebe hore na ke ile ka rapela nako e telele hakae, empa ke ile ka hlahloba bophelo ba ka ba nakong e fetileng ’me ka pako ka kōpa Jehova hore a ntšoarele. Ke ile ka tšepisa hore ke tla leka ho ithuta ho eketsehileng ka eena. Ka mor’a nakoana ke ile ka lokolloa seleng eo e kang mokoti eo ho koalloang motšoaruoa a le mong ’me ka isoa teronkong e tloaelehileng ea batšoaruoa. Sena se ile sa emisa seteraeke sa ka sa ho ikorota lijo.
E le ho phethahatsa tšepiso ea ka ea ho ithuta ka Jehova ka ho eketsehileng, ke ile ka qala ho bala New World Translation of the Holy Scriptures. E ’ngoe ea lintho tse ileng tsa nkhahla ka phetolelo ena ea Bibele e bile sekoahelo sa eona se setala. Se ile sa ipiletsa ho ’na hobane liaparo tsa teronko, lisele, mabota le liphaseje tsa eona li ne li le ’mala o lerootho, lerootho le tepeletsang. Hamorao, e leng ho ileng ha ’makatsa, ’mala oa lintho tsena kaofela o ile oa fetoha oa e-ba botala bo kang ba moru. ’Mala ona o ile oa amoheloa ke Lefapha la Khalemelo ka mor’a phetohelo teronkong e Attica.
Hape ke ile ka qala ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, tseo Ntate a neng a lokiselitse hore ke li romelloe. Ke ile ka angoa ka ho teba ke ho bala liphihlelo tsa Lipaki tsa Jehova tse ngata tse ’nileng tsa kenngoa teronkong ka lebaka la ho emela tumelo ea tsona li tiile ’me tsa feta tlas’a maemo a thata ho feta ao ke fetileng ho ’ona. Bana ke batho ba sa etsang tlōlo ea molao empa bao ka leeme ba hlokofaletsoang ho tšepahala ho Molimo. Ka lehlakoreng le leng, ’na ke hlokofatsoa ka tšoanelo. Ho bala liphihlelo tsena, ho ile ha nkama pelo, ’me ha ntšusumelletsa ho ithuta ka Jehova le batho ba hae ka ho eketsehileng.
Qetellong, selemo hamorao, ke ile ka hlaha ka pel’a lekhotla le lumellang ho lokolloa ka tlas’a lipehelo tse itseng. Boemo ba ka bo ile ba hlahlojoa, ho akarelletsa le mahlomola ao ke fetileng ho ’ona ha ke le seleng e khethehileng. Ke ile ka thaba ha ke utloa hore ke tla lokolloa ka lipehelo tse itseng ka 1972.
Libeke tse peli ka mor’a hore ke lokolloe, ke ile ka ea Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, karolong ea Harlem e buang Sepanishe. Empa ke ne ke ntse ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho kopanela le batho ba Jehova. ’Me ho ne ho ntse ho e-na le ho hongata hoo ke neng ke lokela ho ithuta hona ka Jehova, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng le batho ba hae. Ke ne ke boetse ke hloka nako ea hore ke boele ke tloaele ho phela le batho ka mor’a ho qeta nako e telele joalo teronkong.
Ka masoabi, ke ile ka sitoa ho tlohela litsela tsa ka tsa khale. Ke ile ka boela ka khutlela lithethefatsing, tlōlong ea molao le tseleng ea bophelo e se nang tšabo ea bomolimo. Qetellong sena se ile sa fella ka hore ke ahloleloe lilemo tse ling tse 15 hape teronkong. Leha ho le joalo, ke nahana hore e tlameha ebe Jehova o ile a bona ho hong ho hotle pelong ea ka, kaha ha aa ka a ntahla. Seo nka u bolellang sona ke hore ebang u teronkong kapa che, ha ho mohla Jehova a furallang kapa a lahlang ba sekametseng ho ithuteng ka eena.
Ho Ithuta Bibele Teronkong
Lekhetlong lena ha ke khutlela teronkong e Dannemora, ke ile ka sebelisa monyetla oa ho ba le thuto ea Bibele ea beke le beke e neng e tsamaisoa ke mosebeletsi e mong oa Lipaki tsa Jehova. Hamorao, ke ile ka isoa Teronkong ea Khalemelo ea Mid-Orange, e leng teronko ea litlōlo tse nyenyane e nang le tšireletso e itekanetseng ka leboea ho New York. E ne e fapane le teronko e Dannemora e nang le tšireletso e thata ka ho feletseng.
Ka mor’a lilemo tse peli ke le Teronkong ea Khalemelo ea Mid-Orange, ke ile ka qala ho kopanela ka mafolofolo thutong ea Bibele e neng e khanneloa motšoaruoa-’moho le ’na, ’me e lumeletsoe ke liofisiri tsa teronkong. ’Mè oa hae, eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a lokiselitse hore a khanneloe thuto ena. Qetellong, ka ho tsoela pele ke fumana tsebo, ke ile ka qala ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, eo qetellong e ileng ea lebisa tsoelo-peleng ea moea.
Ka mor’a ho haneloa ho tsoa ka makhetlo a supileng, ke ile ka lokolloa tlas’a lipehelo tse itseng ka lesisitheho lekhetlong la borobeli. Ho ne ho thoe lebaka leo ka lona ke hanetsoeng ho lokolloa ka lona ke hobane ke e-na le “tšekamelo e tebileng ea ho etsa bonokoane.” Ke ile ka lokolloa ka mor’a ho hoehla lilemo tse 8 ha ke ne ke ahloletsoe lilemo tse 15.
Ho Lokoloha ka ho Feletseng Lefifing
Ka mor’a ho lokolloa, ke ile ka boela ka kheloha tseleng, ’me ka nakoana ka inehella tšebeliso ea lithethefatsi. Ke ne ke boetse le lula le mosali eo re neng re sa nyalana le eena ka molao. Ke ne ke qalile ho lula le eena ka 1972. Leha ho le joalo, ka 1983, ke ile ka boela ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Lekhetlong lena, ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Bokreste kamehla. Leha ho le joalo, pele ke qala ho ithuta le ho ba teng libokeng, ke ile ka khaotsa ho sebelisa lithethefatsi le ho tsuba.
Leha ho le joalo, khahlanong le molao oa Molimo oa lenyalo, ke ne ke ntse ke phela le mosali eo ke sa nyalanang le eena ka molao. Sena se ne se ntšoenya, kahoo ke ile ka leka ho mo khothalletsa ho amohela thuto ea Bibele le hore re nyalane ka molao. Empa o ile a re Bibele ke buka ea motho e ngoletsoeng ho hatella basali le hore ho ne ho sa hlokahale hore re nyalane ka molao.
Ke ile ka hlokomela hore ha kea lokela ho tsoela pele ke phela ka boitšoaro bo litšila ka ho lula le mosali ea sa hlompheng molao oa Molimo ka lenyalo. Kahoo, ke ile ka qhala kamano ea rōna ’me ka fallela Brooklyn. Ke ne ke tseba hore ke tla sitoa ho buisana le ba bang ka Molimo le ka merero ea hae haeba litsela tsa ka li ntse li sa lumellane le melao ea hae.
Ha ke se ke lokolohile likhoreletsong tsohle tse sa lumellaneng le Mangolo ’me ke ithutile Bibele ka lilemo tse tharo, ka letsoalo le hloekileng ke ile ka nehela bophelo ba ka ho etsa thato ea Molimo ’me ka tšoantšetsa hoo ka ho kolobetsoa kopanong ea Lipaki tsa Jehova. Ha ho mohla ke ikoahlaelang tšepiso eo ke ileng ka e etsa ea ho tseba Molimo eo Ntate a neng a lula a mpolella lebitso la hae. ’Me tšepiso eo ke ileng ka e etsetsa Jehova ha ke le mokoting oa teronko Dannemora ke eona eo ke tla sebetsa ka thata ho e phethahatsa ho fihlela a tlisa litlhohonolofatso tse ngata tseo a li tšepisitseng ka Lentsoeng la hae.
Tebello ea Paradeise
Ke lebeletse ka cheseho nako eo ka eona Jehova a tlang ho fetola lefatše lena lohle ho ba paradeise e ntle. (Pesaleme ea 37:11, 29; Luka 23:43) Ke boetse ke lebeletse ho phethahala ha tšepiso e ’ngoe ea Molimo—tsoho ea bafu ba e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) E tla ba nako e thabisang hakaakang ha ke tla be ke amohela bafu ba ka ba ratehang ba tsoang mabitleng, ho akarelletsa le Ntate, moen’a ka le ba bang bao ke ba tsebang ba shoeleng pele ho nako! Ke atisa ho nahana ka tšepiso ena, ’me e tlatsa pelo ea ka ka thabo. Ntho e ’ngoe e nthabisang hona joale ke hore likhaitseli tsa ka tse peli le bana ba bona ba bang ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova ’me ba kolobelitsoe.
Hona joale, ha ke ntse ke bolella ba bang tumelo ea ka ’me ke ba phetela phihlelo ea bophelo ba ka, ke ba motlotlo ho ba thusa ho tseba mantsoe a tšelisang a mopesaleme, a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 72:12-14 (NW): “O tla lopolla ea futsanehileng ea hooang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, ’me o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, ’me mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”
Mamello ea Jehova ka ’na e nthobile pelo ’me e ’nolofalelitse ho ithuta le ho ba le litšobotsi tseo a batlang hore batho ba hae ba be le tsona—eseng ho ba mabifi a kang a litau, empa ho ba le khotso, mosa le pelo-nolo e leng litšoaneleho tseo konyana e nang le tsona. Sena sea hlokahala, kaha Lentsoe la Molimo le re, “o hauhela ba ikokobetsang.”—Liproverbia 3:34.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 18]
“Ke ile ka boela ka tšoaroa ka lebaka la ho thuha matlong, ’me ka koalloa lilemo tse peli teronkong e Sehlekehlekeng sa Rikers, New York City. Ke ile ka lokolloa ka 1965. Empa selemong sona seo, ke ile ka tšoareloa ho bolaea motho. Ke ne ke se ke e-na le tšekamelo e tšabehang hakaakang e kang ea tau!”
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Letsatsi leo ke neng ke kolobetsoa ka lona