DOMINICAN REPUBLIC
Ho Hlokomela Mosebetsi o Eketsehileng
“Batho ba Mefuta Eohle ba Pholohe”
Ke thato ea Jehova hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Tumellanong le seo, Lipaki Tsa Jehova tsa Dominican Republic li lekile kahohle ho finyella batho ba tšimong ea tsona, ho akarelletsa le ba lichankaneng.
Ka 1997, ha bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba sebetsa tšimo ea bona e chankaneng ea Najayo e San Cristóbal, ba ile ba kopana le Gloria, e leng ngoanana oa Mocolombia ea lilemo li 23 ea neng a tšoaretsoe ho hoeba ka lithethefatsi. O ne a atisa ho qoqa le morali’abo rōna ea neng a tšoeroe ka phoso. E le hore barab’abo rōna ba arabele lipotso tsa hae tsa Bibele, ba ile ba mo tlela le buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo le lingoliloeng tse ling. Tabatabelo le cheseho ea hae ea ho batla ho ithuta e ile ea susumetsa batšoaruoa ba bang, ka hona, batho ba eteloang beke le beke chankaneng eo ba ile ba eketseha.
’Nete e ile ea susumetsa Gloria hoo ka 1999 a ileng a tšoaneleha hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang. O ne a qeta lihora tse ka holimo ho 70 khoeli le khoeli a paka chankaneng, ’me a khanna lithuto tsa Bibele tse tšeletseng tse tsoelang pele hona moo chankaneng. Ka 2000, o ile a kōpa ho lokolloa ka parola ea mopresidente, ’me a lumelloa ka lebaka la boitšoaro ba hae bo botle. Ha a lokolloa o ile a romeloa Colombia ’me a kolobetsoa ka 2001, le hoja lelapa la habo le ne le mo hanyetsa ka matla.
Gloria Cardona o ithutile ’nete chankaneng. Hona joale ke pula-maliboho hammoho le monna oa hae
Nakoana ka mor’a hore Gloria a kolobetsoe, e ile ea e-ba pula-maliboho. O ile a nyaloa ke mor’abo rōna oa moholo, ’me ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Ba sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi Colombia. Gloria o thusitse batho ba bangata bao a neng a ithuta le bona ho isa bohōleng ba hore ba inehele ba be ba kolobetsoe. O re o ikutloa eka o kolota Jehova, ’me tsela feela eo a ka mo lefang ka eona ke ka ho ruta batho ba bang ’nete joalokaha le eena a ile a rutoa.
Joalokaha re ithuta phihlelong ena ea Gloria, ho ba chankaneng ha ho thibele motho ho tseba ’nete. Baemeli ba ofisi ea lekala ba ile ba kopana le ba Lefapha la Lichankana ho ea kōpa tumello ea hore barab’abo rōna ba rute batšoaruoa Bibele lichankaneng tse ling. Kahoo, barab’abo rōna ba 43 le baralib’abo rōna ba 6 ba filoe mangolo a tumello hore ba rute batho Bibele lichankaneng tse 13.
“Etsa Hore Sebaka sa Tente ea Hao se be Seholo”
Ka bo-1990, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 21 684 Dominican Republic, ho e-na le liphutheho tse 342 ’me ho khannoa lithuto tsa Bibele tse 34 380. Palo ea ba bileng teng Sehopotsong ke 72 679. Ka lebaka la khōlo ena, bahlanka ba Jehova ba ile ba potlakela ho sebetsa tumellanong le mantsoe ana a Esaia a reng: “Etsa hore sebaka sa tente ea hao se be seholo. Ba otlolle masela a tente a tabernakele ea hao e khōlō. U se ke ua ithiba. Lelefatsa lithapo tsa hao tsa tente.”—Esaia 54:2.
Bothata bo bong e ne e le ho fumana Holo ea Kopano e neng e tla anela bahoeletsi ba ntseng ba eketseha. Ka 1996 Holo ea Kopano e haufi le ofisi ea lekala e Santo Domingo e ile ea phetheloa, ’me bahoeletsi ba motse-moholo le mathōko a oona ba ne ba e sebelisa. Leha ho le joalo, Holo ea Kopano e Villa González, e neng e sebelisoa ke bahoeletsi ba tsoang likarolong tse ling tsa naha, e ne e soahlamane hoo e hlokang ho lokisoa kapa ho heletsoa ebe e hahoa bocha.
Ka 2001, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore ho hahoe Holo ea Kopano e nang le litulo tse 2 500 setšeng se Villa González. Barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo ha ba utloa hore ho tla ba le mohaho oa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (se nketsoeng sebaka ke Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso). Se ne se tla ba haufi le Holo ea Kopano, se be le liphaposi tsa bolulo, phaposi ea ho rutela, laebrari, kichine le phaposi ea ho jela. Ka 2004, Theodore Jaracz oa Sehlopha se Busang o ile a nehela mehaho eo e mecha. Ho tloha ka nako eo, ho se ho tšoeroe litlelase tse 15.