Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 24-leq. 27 ser. 1
  • Seboka se Seholo ka ho Fetisisa sa Lipaki Tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seboka se Seholo ka ho Fetisisa sa Lipaki Tsa Jehova
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki tsa Jehova—Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Bitsoang ka Lebitso Leo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Video e Ncha e ka Sebelisetsoang ho Qala Lithuto Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Mananeo a Kopano ao re a Utloang le ho a Bona
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
  • “Ke Tsela e Molemo ea ho Ruta!”
    Tsoha!—2016
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 24-leq. 27 ser. 1
Setšoantšo se leqepheng la 24

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Seboka se Seholo ka ho Fetisisa sa Lipaki Tsa Jehova

KA Moqebelo, oa la 5 October, 2013, batho ba ka bang 257 294 linaheng tse 21 ba ile ba e-ba teng kapa ba shebella Inthaneteng seboka sa selemo le selemo sa bo129 sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Hamorao hona mafelo-bekeng ao, Lipaki tse ling li ile tsa shebella lenaneo leo ha le phetoa. Ka kakaretso batho ba bileng teng kapa ba shebella lenaneo leo e bile ba 1 413 676 linaheng tse 31, ’me seo ke seboka se seholo ka ho fetisisa seo Lipaki Tsa Jehova li kileng tsa se tšoara ho tla fihlela joale.

Ho tloha ka bo-1920, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa hasa likopano li sebelisa thelefono kapa liea-le-moea. Hona joale Inthanete e etsa hore ho be bonolo hore esita le batho ba lulang libakeng tse hōle ba mamele ba be ba bone liketsahalo ka kotloloho kapa nakoana ka mor’a hore li etsahale.

Basebeletsi ba liofisi tse sa tšoaneng tsa lekala ba ’nile ba sebetsa nako e fetang selemo ho lokisetsa khaso ena. Mafelo-bekeng ao ka oona ho neng ho hasoa lenaneo la seboka seo sa selemo le selemo, bo-ramechine ba ne ba laola khaso ba le liphaposing tsa khaso tse Brooklyn, New York, ’me ba ile ba sebetsa bosiu le motšehare kaha lenaneo le ne le shebeletsoe ke batho ba libakeng tseo linako tsa tsona li sa tšoaneng.

Lintlha Tse Thahasellisang—Libaka Tseo ho Neng ho Shebiloe Lenaneo ho Tsona

  • Moo ho neng ho tšoaretsoe seboka: Holo ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova ea Jersey City, New Jersey, U.S.A. Ba bileng teng: 4 732

  • Se bileng le batho ba bangata ka ho fetisisa: Perth, Australia Ba bileng teng: 7 186

  • Se hōle ka ho fetisisa ka Leboea: Fairbanks, Alaska, U.S.A. Ba bileng teng: 255

  • Se hōle ka ho fetisisa ka Boroa: Invercargill, New Zealand Ba bileng teng: 190

  • Se Hōle ka ho fetisisa: Perth, Australia, e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 18 700 ho tloha Jersey City

Tsela ea ho Hasa Lenaneo ka Inthanete

  1. Lenaneo le hatisoa ka lik’hamera tse ’maloa tse nkang video.

  2. Bo-ramechine ba bona livideo tseo kaofela ’me ba khetha e hlahileng hantle.

  3. Video e khethiloeng e romeloa liphaposing tsa khaso ka k’homphieutha.

  4. Bahlahisi ba etsa livideo tsa boleng bo sa tšoaneng.

  5. Livideo li aroloa ka likarolo tsa metsotsoana e leshome.

  6. Likarolo tseo li hasoa ka marang-rang a Inthanete.

  7. Lik’homphieutha tse libakeng tseo batho ba shebellang ba le ho tsona li amohela maqhubu a khaso a tsamaisang likarolo tsa video ebe lia li kopanya e le hore ebe video e le ’ngoe.

  8. Joale bamameli ba ka utloa lenaneo ba be ba le shebelle.

Setšoantšo se Qanollang se maqepheng a 26, 27
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela