Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 28-leq. 29 ser. 1
  • Lekala la Sri Lanka Lea Neheloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekala la Sri Lanka Lea Neheloa
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setho se Secha sa Sehlopha se Busang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Thuto e Ntseng e Tsoela Pele Bophelong Bohle ba Ka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho Nehela Makala
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Ho Neheloa ha Makala
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 28-leq. 29 ser. 1
Setšoantšo se leqepheng la 28

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Lekala la Sri Lanka Lea Neheloa

’Mapa o leqepheng la 29

BARA le barali babo rōna ba Sri Lanka ba neng ba khabile ka liaparo tsa setso ba ile ba amohela baeti ba 130 ba tsoang linaheng tse 19 ba neng ba tlile moketeng oa ho nehela lekala sehlekehlekeng sena se setle. Sehlopha sa bana se ne se bina lipina tsa ’Muso, ’me bohle ba ile ba hlolloa ha ba bona pontšo ea lintho tsa setso tsa Sri Lanka, lijo tse lutlisang mathe, lehlaso hammoho le botsoalle bo mofuthu ba Bokreste.

Mehaho e mecha hammoho le e nchafalitsoeng e ile ea neheloa ho Jehova ka Moqebelo oa la 11 January, 2014, ’me ho ne ho e-na le bamameli ba 893 lenaneong leo la lipuo tse tharo. Batho ba ile ba opa nako e telele ha mor’abo rōna Mark Sanderson oa Sehlopha se Busang a re: “Na le rata ho nehela mohaho oo ho Jehova Molimo?”

Ka Sontaha, batho ba 7 701 ba ile ba shebella lenaneo la Moqebelo hammoho le puo e khothatsang ea mor’abo rōna Sanderson. Le ile la hasoa libakeng tse hlano tse khōlō. E ne e le lekhetlo la pele ho sebelisoa Inthanete Sri Lanka ho hokela libaka tse sa tšoaneng ’me bara le barali babo rōna ba bonana le ho utloana ha ba bina lipina tsa ’Muso. Ka sebele ketsahalo ena e ikhethang e ile ea tlisetsa barab’abo rōna “thabo e khōlō.”—Neh. 12:43.

Setšoantšo se leqepheng la 29
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela