Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 10/1 maq. 24-28
  • Thuto e Ntseng e Tsoela Pele Bophelong Bohle ba Ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto e Ntseng e Tsoela Pele Bophelong Bohle ba Ka
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molemo oa Tšusumetso e Ntle
  • Ho Matlafatsoa ke Liteko
  • Ho Sebetsana le Maikutlo a Hore ha ke Tšoanelehe
  • Ho Tloha Australia e Omeletseng ho ea Ceylon e Ntle
  • Ho Bolela le ho Ruta Sri Lanka
  • Liphetoho le ho Hetla Morao
  • Ke Motlotlo Hore Ebe ke Khethile Mosebetsi o Nepahetseng
    Lipale Tsa Bophelo Tsa Lipaki Tsa Jehova
  • Ke Fumane Letlotlo la Bohlokoa bo Fetisisang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Jehova o Ile a Nthuta ho Etsa Thato ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 10/1 maq. 24-28

Pale ea Bophelo

Thuto e Ntseng e Tsoela Pele Bophelong Bohle ba Ka

JOALOKAHA HO BOLETSE HAROLD GLUYAS

Ka mor’a lilemo tse fetang 70, ke sa ntse ke hopola ntho e ’ngoe eo ke ileng ka e bona ha ke sa le ngoana. Ke ne ke lutse ka kichineng ea ’Mè, ke shebile leibole e ngotsoeng “Ceylon Tea.” E ne e boetse e e-na le setšoantšo sa basali ba khang mahlaku a tee masimong a tlokomang a matalana a Ceylon (eo hona joale e seng e le Sri Lanka). Sebaka sena seo ke ileng ka se bona, se neng se le hōle hakana le haeso moo ho omeletseng Australia Boroa, se ile sa etsa hore ke nahane haholo. E tlameha ebe Ceylon ke naha e ntle le e thahasellisang hakaakang! Ke ne ke sa tsebe hore ke tla qeta lilemo tse 45 ke le moromuoa naheng eo e bohehang.

KE HLAHILE ka April 1922, ’me lefatše le ne le fapane haholo le kamoo le leng kateng kajeno. Lelapa leso le ne le sebetsa polasing e ka thōko ea lijo-thollo e pel’a motse o hōle oa Kimba, o khubung ea k’honthinente e khōlō ea Australia moeling o ka boroa oa sebaka sa mahae se seholo sa lehoatata. Bophelo bo ne bo tletse mathata, a akarelletsang ho lula re loantša komello, seoa sa likokoanyana le mocheso o ntšang koena bolibeng. ’Mè o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela Ntate le rōna bana ba tšeletseng lehaeng la rōna le sekhoeng leo e neng e le mok’huk’hu oa masenke.

Leha ho le joalo, ho ’na sebaka seo sa mahae e ne e le moo ho renang bolokolohi le thabo. Ke hopola ha ke sa le mocha ke hloletsoe ha ke bona lipane tsa lipholo tse matla li tlosa mofero kapa ha naha e pupetsoa ke lifefo tse puputlang ka matla. Kahoo ke qalile ho ithuta lintho tse ngata bophelong nako e telele pele ke ea sekolong se senyenyane, se neng se e-na le tichere e le ’ngoe, se le bohōle ba lik’hilomithara tse hlano.

Batsoali ba ka e ne e le batho ba ratang bolumeli, le hoja ho ne ho se mohla ba eang kerekeng—haholo-holo ka lebaka la hore e ne e le hōle le polasi eso. Leha ho le joalo, mathoasong a lilemo tsa bo-1930, ’Mè o ile a qala ho mamela lipuo tsa Bibele tse neng li fanoa ke Moahloli Rutherford, tse neng li phatlalatsoa beke le beke seteisheneng sa seea-le-moea Adelaide. Ke ne ke nahana hore Moahloli Rutherford e ne e le moruti e mong oa Adelaide, kahoo ke ne ke se na thahasello e kaalo. Empa beke le beke ’Mè o ne a letela liphatlalatso tsa Rutherford ka tjantjello ebe o mamela ka hloko ha lentsoe la hae le hlahella le sa hlaka seea-le-moeeng sa rōna sa khale se neng se sebetsa ka beteri.

Motšehareng o mong oa mantsiboea ha ho ne ho chesa ho bile ho le lerōle, tipara e ’ngoe ea khale e ile ea ema ka pel’a ntlo eso, eaba banna ba babeli ba apereng hantle baa theoha. E ne e le Lipaki Tsa Jehova. ’Mè o ile a mamela molaetsa oa bona eaba o ntša monehelo bakeng sa libuka tse ’maloa, tseo a ileng a qala hang-hang ho li bala. Libuka tsena li ile tsa mo ama ka ho teba hoo ka potlako a ileng a kōpa Ntate hore a mo felehetse ka koloi a e’o buisana le baahelani ka seo a ithutang sona.

Molemo oa Tšusumetso e Ntle

Nakoana ka mor’a moo maemo a hlobaetsang a sebaka seo sa mahae a ile a re qobella ho fallela motseng oa Adelaide, o bohōle ba lik’hilomithara tse 500. Lelapa leso le ile la qala ho kopanela le Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e Adelaide ’me la tsoela pele moeeng. Ho falla ha rōna ho ile ha boela ha ntlama ho tsoa sekolong. Ke ile ka tlohela sekolo ha ke le lilemo li 13 feela, ha ke qeta sehlopha sa bosupa. Ke ne ke nka lintho habobebe, e leng ho ka beng ho nkheloselitse hōle le lipakane tsa moea hoja e ne e se ka thuso ea barab’eso ba bangata ba molemo—bo-pula-maliboho, kapa basebeletsi ba nako e tletseng—ba ileng ba nthahasella.

Ha nako e ntse e ea, tšusumetso ea bara bana beso ba chesehang e ile ea tsosa bomoea bo neng bo se bo fokola haholo ka hare ho ’na. Ke ne ke rata ho ba har’a bona ke bile ke khahloa ke moea oa bona oa ho sebetsa ka thata. Kahoo ha ho etsoa tsebiso e khothalletsang tšebeletso ea nako e tletseng kopanong e neng e tšoaretsoe Adelaide ka 1940, ke ile ka ipona ke se ke ngolisitse. Ke ne ke bile ke e-s’o kolobetsoe ka nako eo, ’me ke ne nkile ka kopanela hanyenyane feela mosebetsing oa ho paka. Leha ho le joalo, matsatsi a seng makae hamorao, ke ile ka memeloa hore ke e’o sebetsa le sehlopha se senyenyane sa bo-pula-maliboho Warrnambool, e leng motse o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 500 ho tloha Adelaide, profinseng e haufi le ea Victoria.

Ho sa tsotellehe hore ke ile ka qala ka letheketheke, ka potlako ke ile ka hlaolela lerato la tšebeletso ea tšimo, e leng lerato leo ke thabelang ho bolela hore ha lea ka la qepha ha lilemo li ntse li feta. Ha e le hantle, eo e ile ea e-ba phetoho e khōlō bophelong ba ka, ’me ke ile ka qala ho etsa tsoelo-pele ea sebele moeeng. Ke ile ka ithuta bohlokoa ba ho atamela haufi le ba ratang lintho tsa moea. Ke ile ka bona kamoo tšusumetso ea bona e ntle e ka re etsang batho ba molemo ka ho fetisisa ho sa tsotellehe thuto eo re nang le eona le kamoo seo re ithutang sona ka tsela ena se ka re tsoelang molemo bophelong bohle ba rōna.

Ho Matlafatsoa ke Liteko

Ke ne ke bile tšebeletsong ea bopula-maliboho ka nako e khutšoanyane feela ha mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibeloa Australia. Kaha ke ne ke sa tsebe hantle hore na ke lokela ho etsa’ng, ke ile ka batla tataiso ho barab’eso, ba ileng ba bontša hore ha ho thibelo e reng motho a se ke a buisana le batho ba bang ka Bibele. Kahoo, ke e-na le bo-pula-maliboho ba bang, ke ile ka qala ho ea ka ntlo le ntlo ke tšoere molaetsa o bonolo o tsoang Bibeleng. Sena se ile sa ’matlafatsa bakeng sa liteko tseo ke neng ke tla kopana le tsona haufinyane.

Ka mor’a likhoeli tse ’nè, ke ile ka tšoara selemo sa bo18, ’me ka bitsetsoa hore ke e’o itlalehela ho kena sesoleng. Sena se ile sa mpha monyetla oa ho sireletsa tumelo ea ka ka pel’a liofisiri tse ’maloa tsa sesole le mastrata. Nakong eo, barab’abo rōna ba ka bang 20 ba ne ba le teronkong Adelaide ba tšoaretsoe ho se nke lehlakore, ’me ka mor’a nakoana ke ile ka koalloa le bona. Re ne re abetsoe ho etsa mosebetsi o boima, oa ho cheka majoe le ho lokisa litsela. Sena se ile sa nthusa ho hlaolela litšobotsi tse kang mamello le boikemisetso. Qetellong boitšoaro ba rōna bo botle le ho ema re tiile li ile tsa etsa hore balebeli ba bangata ba teronko ba re hlomphe.

Ha ke lokolloa likhoeli tse seng kae hamorao, ke ile ka thabela ho ja lijo tse hlabosang ’me ka boela ka nka bopula-maliboho. Leha ho le joalo, ho ne ho le thata ho fumana bo-pula-maliboho bao e ka bang bo-mphato ba ka, kahoo ke ile ka botsoa hore na ebe nka sebetsa ke le mong mapolasing a ka thōko Australia Boroa. Ke ile ka lumela eaba ke kena sekepeng ke leba Hloahloeng ea Yorke, ke nkile lingoliloeng tseo ke il’o paka ka tsona le baesekele feela. Ha ke fihla, lelapa le leng la batho ba thahasellang le ile la nkisa ntlong e nyenyane ea baeti moo ’mè e mong ea mosa a ileng a ntšoara joaloka mor’a hae. Motšehare ke ne ke tsamaea ka baesekele litseleng tse lerōle, ke bolela metsaneng e hasa-hasaneng hloahloeng eo. Hore ke khone ho fihla libakeng tse hōle, ka linako tse ling ke ne ke robala lihoteleng tse nyenyane kapa matlong a baeti. Ka tsela ena, ke ile ka tsamaea lik’hilomithara tse makholo ka baesekele ’me ka thabela liphihlelo tse ngata tse monate. Ke ne ke sa tšoenyehe hakaalo ka ho ba mong tšebeletsong, ’me ha ke ntse ke bona kamoo Jehova a ntlhokomelang kateng, ke ile ka atamela ho eena haholoanyane.

Ho Sebetsana le Maikutlo a Hore ha ke Tšoanelehe

Ka 1946, ke ile ka fumana lengolo le ’memelang ho kenela mosebetsi oa ho tsamaea ke le mohlanka ho baena (eo hona joale a seng a bitsoa molebeli oa potoloho). Sena se ne se akarelletsa ho etela liphutheho tse ’maloa potolohong e itseng. Ke tlameha ho lumela hore ke ile ka fumana boikarabelo bo tsamaeang le kabelo ena bo hlile bo le boima. Ka letsatsi le leng ke ile ka utloa mor’eso e mong a re, “Harold hase sebui se setle, empa o motle haholo mosebetsing oa boboleli.” Mantsoe ana a ile a nkhothatsa haholo. Ke ne ke hlokomela hore ha ke kheleke ebile ha ke tsebe ho hlophisa lintho hantle, empa ke ne ke lumela hore boboleli e ne e le oona mosebetsi o ka sehloohong oa Bakreste.

Ka 1947 ho ile ha e-ba le thabo e khōlō ha Mor’abo rōna Nathan Knorr le Mor’abo rōna Milton Henschel ba tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn ba etile. Ena e ne e le ketelo ea pele e joalo haesale ho tloha ha Mor’abo rōna Rutherford a tla ka 1938. Ho ile ha tšoaroa kopano e khōlō Sydney nakong ea ketelo eo. Joaloka bo-pula-maliboho ba bang ba bangata ba bacha lilemong, ke ne ke thahasella koetliso ea boromuoa eo ho neng ho fanoa ka eona Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se neng se sa tsoa buloa South Lansing, New York, U.S.A. Ba bangata ba rōna ba neng ba le teng ba ne ba ipotsa hore na ebe ho ne ho tla hlokahala thuto e phahameng hore motho a ngolisoe sekolong seo. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Knorr o ile a hlalosa hore haeba re ne re khona ho bala sehlooho sa makasine ea Molula-Qhooa ebe re hopola lintlha tsa sehlooho, mohlomong re ne re tla atleha Gileade.

Ke ne ke nahana hore nke ke ka tšoaneleha ka lebaka la ho se rutehe ha ka. Ke ile ka makala ha ka mor’a likhoeli tse seng kae ke memeloa hore ke kenye kōpo ea ho ea koetlisoa Gileade. Ka mor’a moo, ke ile ka amoheloa ke le seithuti ’me ka kena sehlopheng sa bo16, se neng se tšoeroe ka 1950. Ena e ile ea e-ba phihlelo e babatsehang e ileng ea ’matlafatsa hore ke itšepe haholoanyane. E ile ea mpontša ka ho hlaka hore thuto e phahameng e ne e se eona ntho e ka sehloohong e etsang hore motho a atlehe. Ho e-na le hoo, boikitlaetso le ho mamela e ne e le tsona lintho tsa motheo tse hlokahalang. Barupeli ba rōna ba ile ba re khothalletsa hore re etse sohle se matleng a rōna. Ha ke mamela keletso ea bona, ke ile ka hatela pele butle-butle ’me ka khona ho tsamaisana le thupelo hantle.

Ho Tloha Australia e Omeletseng ho ea Ceylon e Ntle

Ka mor’a hore re fumane mangolo, ’na le barab’eso ba bang ba babeli ba tsoang Australia re ile ra abeloa ho ea Ceylon (eo hona joale e seng e le Sri Lanka). Re ile ra fihla motse-moholo, Colombo, ka September 1951. Ho ne ho chesa ho bile ho le mongobo, ’me re ile ra makatsoa ke lintho tse ngata tseo re neng re qala ho li bona, melumo le menko e mengata eo re neng re sa e tloaela. Ha re theoha sekepeng, e mong oa baromuoa ba neng ba se ba ntse ba sebeletsa naheng eo o ile a re amohela ka leqetšoana le tsebisang ka puo ea phatlalatsa e neng e lokela ho fanoa lebaleng la motse Sontaheng se latelang. Ke ile ka makala ha ke bona lebitso la ka le ngotsoe leqetšoaneng leo—e le ’na sebui! U ka inahanela kamoo ke ileng ka tšoha kateng. Empa ka lilemo tseo ke li qetileng ke le pula-maliboho Australia ke ne ke ithutile ho amohela kabelo leha e le efe eo ke e fuoang. Kahoo, ka thuso ea Jehova ke ile ka nehelana ka puo eo ea phatlalatsa ka katleho. Ho phaella ho barab’abo rōna ba bane ba masoha ba neng ba se ba ntse ba lula lehaeng la baromuoa la Colombo ka nako eo, rōna ba bararo re ile ra qala ho ithuta puo e thata ea Sesinhala le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Re ne re qeta nako e ngata re sebetsa re le bang, ’me re ile ra thabela ho fumana hore batho ba moo ba ne ba e-na le tlhompho ba bile ba amohela baeti ka mofuthu. E se neng lenane la ba bang teng libokeng le ile la qala ho hōla.

Ha nako e ntse e ea, ke ile ka qala ho nahana ka ho teba ka morali’eso e mong ea khahlehang oa pula-maliboho, Sybil, eo ke neng ke ile ka kopana le eena ha ke tsamaea ka sekepe ke e-ea Sekolong sa Gileade. O ne a e-ea kopanong ea machaba New York. Hamorao, o ile a ba sehlopheng sa bo21 sa Gileade eaba ka 1953 o abeloa ho ea Hong Kong. Ke ile ka etsa qeto ea ho mo ngolla, eaba re tsoela pele ho ngollana ho fihlela ka 1955 ha Sybil a tlil’o sebeletsa le ’na Ceylon, moo re ileng ra nyalana teng.

Kabelo ea rōna ea pele ea boromuoa ha re se re nyalane e ne e le ho ea Jaffna, e leng motse o hōle ka leboea ho Sri Lanka. Bohareng ba lilemo tsa bo-1950, likhohlano tsa lipolotiki li ne li se li qala ho arohanya sechaba sa Masinhala le sa Matamil, e leng ho ileng ha tsosa ntoa lilemo tse mashome hamorao. E ile ea e-ba ho thabisang hakaakang ho bona Lipaki tsa Masinhala le tsa Matamil li sireletsana ka likhoeli-khoeli lilemong tseo tse thata! Liteko tseo li ile tsa ntlafatsa tumelo ea barab’abo rōna le ho e matlafatsa.

Ho Bolela le ho Ruta Sri Lanka

Ho ithuta ho phela le sechaba sa Mahindu le sa Mamosleme ho ne ho hloka mamello le phehello. Leha ho le joalo, re ile ra qala ho ananela batho ba litso tseo tse peli le litšobotsi tsa bona tse ratehang. Kaha ho ne ho sa tloaeleha ho bona batho ba tsoang linaheng tse ling ba tsamaea ka libese tsa moo, hangata boteng ba rōna bo ne bo etsa hore batho ba re tjamele ka bohelehele. Sybil o ile a etsa qeto ea hore eena o tla bososela haholo. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke bona batho bao ba bohelehele le bona ba bososela hamonate!

Ka lekhetlo le leng, re ile ra emisoa moo ho neng ho ntse ho emisoa likoloi teng. Ka mor’a hore molebeli a re botse hore na re tsoa kae ’me re ea kae, o ile a qala ho re fata lipotso.

“Mosali eo ke mang?”

Ka araba ka ho re: “Ke mosali oa ka.”

“Ke nako e kae le nyalane?”

“Ke lilemo tse robeli.”

“Na le na le bana?”

“Che.”

“Khele! Na le se le kile la bona ngaka?”

Qalong bohelehele bona bo tloaelehileng bo ile ba re makatsa, empa ha nako e ntse e ea re ile ra bona hore ke tsela ea batho ba moo ea ho bontša thahasello ho ba bang. Ha e le hantle, e ne e le e ’ngoe ea litšobotsi tsa bona tse ratehang ka ho fetisisa. Le ha motho a ne a ka ikemela feela ho se hokae sebakeng seo batho ba fetang ho sona, ho e-s’o ee kae motho e mong o ne a tla atamela a botse ka mosa hore na ebe a ka thusa.

Liphetoho le ho Hetla Morao

Ho theosa le lilemo, re ’nile ra thabela likabelo tse fapa-fapaneng ho phaella mosebetsing oa rōna oa boromuoa Sri Lanka. Ke ile ka abeloa ho sebeletsa mosebetsing oa potoloho le oa setereke le ho ba setho sa Komiti ea Lekala. Ka 1996, ke ne ke se ke le ka holimo ho lilemo tse 70. Ke ile ka thaba ha ke hetla morao lilemong tse 45 tseo ke li qetileng ke le tšebeletsong ea boromuoa Sri Lanka. Sebokeng sa pele seo ke ileng ka ba teng ho sona Colombo, ho ne ho e-na le batho ba ka bang 20. Hona joale palo eo e se e nyolohetse ho ba fetang 3 500! ’Na le Sybil re ne re talima ba bangata har’a batho bana ba ratehang e le bana ba rōna le litloholo tsa rōna moeeng. Leha ho le joalo, ho ne ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ho pholletsa le naha—e leng mosebetsi o hlokang matla le bokhoni ba ba bacha ho re feta. Re hopotse sena, re ile ra amohela memo e tsoang ho Sehlopha se Busang ea hore re khutlele Australia. Sena se file banyalani ba tšoanelehang ba bacha lilemong monyetla oa ho kena Sri Lanka e le baromuoa ’me ba re nkele sebaka.

Hona joale ke tšoere selemo sa bo83, ’me ’na le Sybil re thabela hore ebe re sa phetse hantle ka ho lekaneng hore re tsoele pele ka tšebeletso ea rōna ea bopula-maliboho bo khethehileng haeso Adelaide. Tšebeletso ea rōna e etsa hore re lule re le chatsi kelellong re bile re ikamahanya le maemo. E boetse e re thusitse hore re boele re itloaetse tsela e fapaneng haholo ea bophelo naheng ena.

Jehova o ’nile a tsoela pele ho re hlokomela ka sohle seo re se hlokang nameng, ’me bara le barali babo rōna ba phuthehong ea habo rōna ba re rata haholo ebile baa re tšehetsa. Ke sa tsoa fumana kabelo e ncha. Ke abetsoe ho sebeletsa ke le mongoli phuthehong ea heso. Kahoo, ke fumane hore ha ke ntse ke ikitlaelletsa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi, ke ntse ke tsoela pele ho koetlisoa. Ha ke hetla morao, kamehla ke hlolloa ke hore ebe moshanyana feela tjee, ea bonolo ea itsoelang mahaeng o fumane thuto e babatsehang hakana—e tsoetseng pele bophelong bohle.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Letsatsing la lechato la rōna, ka 1955

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ke tšebeletsong ea tšimo le Rajan Kadirgamar, e leng mor’eso oa sebakeng seo, ka 1957

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

’Na le Sybil kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela