Ke Fumane Letlotlo la Bohlokoa bo Fetisisang
JOALOKAHA HO BOLETSE FLORENCE WIDDOWSON
Ha shoalane e tšoara, re ile ra rera ho hloma liahelo haufi le letangoana. E ne e se sebaka se loketseng hore basali ba babeli ba ka hloma liahelo ho sona, empa re ile ra nahana hore ho ne ho sireletsehile bakeng sa bosiu bo le bong. Ha ke ntse ke tšoarehile ka ho hloma tente, Marjorie o ne a ntse a lokisa lijo tsa rōna tsa mantsiboea.
KE NE ke sa tsoa qeta ho otlella thakhisa ea ho qetela ea tente ha ke bona ho sisinyeha haufi le kutu ea sefate se seng se setšo. Ke ile ka hoeletsa Marjorie: “Na u bone ha kutu ela e sisinyeha?”
O ile a araba, a batla a tsielehile, “Che.”
Ke ile ka hoeletsa: “Ruri e ile ea sisinyeha. Mphe ketlele eo!”
Ke e nkile, ke bile ke jere selepe lehetleng, ke ile ka leba letangoaneng. Ha ke batla ke bapile le kutu, monna e mong o ile a ropoha ka mor’a eona!
Ke ile ka khona ho hoeleketsa: “Na metsi a ka letangoaneng ke a loketseng ho nooa?”
O ile a araba ka ho kharuma: “Che, haa lokela, empa haeba u batla metsi a nooang, ke tla u fumanela ’ona.”
Ke ile ka potlakela ho hana mpho ea hae, ’me ke ile ka lopoloha haholo ha a phekhoha ka tšohanyetso ’me a itsamaela. Ke tlakasela, ke ile ka khutla ka potlako ’me ka bolella Marjorie se etsahetseng. Re ile ra qhaqha tente ka potlako, ra phutha, ’me ra tloha moo. Hamorao re ile ra bolelloa hore monna eo o ne a sa tsoa lokolloa teronkong.
Le hoja hangata ba batlang lirafshoa ba ne ba hloma moo libakeng tsa merafo ea khauta Australia morao koana ka 1937, re ne re le ba batlang lirafshoa tsa mofuta o fapaneng. Re ne re batla batho bao e neng e le ba bohlokoa ho Molimo.
Semelo sa Lelapa Leso
Lilemong tse lekholo tse fetileng, ntate e ne e le setehi sa litšepe motsaneng o monyenyane oa Porepunkah seterekeng sa Victoria. Ke ile ka hlahela moo ka 1895, ’me ke ile ka hōla le barab’eso ba bane haufi le Nōka ea Ovens, mosikong oa Mount Buffalo. Batsoali ba ka ba ne ba e-ea Kerekeng ea Union ka mehla, ’me ke ne ke e-ea sekolong sa Sontaha, seo ho sona ntate e neng e le motsamaisi e moholo.
Ka 1909, ’Mè o ile a hlaseloa ke lefu la pelo nakong ea sekhohola se befileng ’me a shoela matsohong a ntate. Joale, qalong ea 1914 e mong oa barab’eso o ile a tloha lapeng, ’me lihora tse ’maloa hamorao o ile a khutlisetsoa ho rōna—a se a shoele. O ne a ipolaile. Mahlomola a rōna a ile a eketsoa ke thuto ea kereke ea hore o ne a letetsoe ke lihele, kaha ho ne ho boleloa hore ho ipolaea ke sebe se ke keng sa tšoareloa.
Hamorao selemong seo Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qhoma, ’me barab’eso ba babeli ba ile ba ngolisetsa tšebeletso ea sesole mose ho maoatle. Litaba tse tšosang tsa tšollo ea mali le mahlomola li ile tsa re susumetsa rōna basali ba bacha ka botšelela ba rōna, hammoho le ntate, hore re qalelle ho ithuta buka ea Bibele ea Johanne.
Ho Fumana Letlotlo la ’Nete
Ellen Hudson o ne a e-na le kopi ea buka The Time Is at Hand, e ngotsoeng ke Charles Taze Russell. Cheseho ea hae bakeng sa eona e ile ea re susumetsa kaofela ha rōna sehlopheng. Ha a hlokomela hore buka eo e ne e mpa e le e ’ngoe ea letoto la meqolo e tšeletseng ea sehlooho se reng Studies in the Scriptures, o ile a romela lengolo ho International Bible Students Association, Melbourne ’me a kōpa tse ling tse letotong leo. Sehlopha sa rōna se ile sa lumela ho sebelisa moqolo oa pele, The Divine Plan of the Ages, lithutong tsa rōna tsa beke le beke.
Ak’u nahane feela ka thabo ea ka le ea Ntate ha re fumana hore ha ho na lihele tsa mollo. Tšabo ea hore mor’eso o mollong oa lihele e ile ea fela. Re ile ra ithuta ’nete ea hore bafu ha ba ikutloe, joalokaha eka ba robetse, le hore ha ba phele kae-kae moo ba hlokofatsoang. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 11:11-14) Ba bang sehlopheng sa rōna sa thuto ea Bibele ba ile ba etsa qeto ea ho ea ho baahelani ba rōna ho ba bolella linnete tseo re neng re ithuta tsona. Re ne re ea ka maoto matlong a haufi, empa re ne re sebelisa libaesekele le kariki e mabili a mabeli e huloang ke pere e le ’ngoe ho finyella ba lulang mahaeng.
Ke ile ka latsoa bopaki ba ho ea ka ntlo le ntlo ka lekhetlo la pele Letsatsing la Tumellano ea ho Felisa Ntoa ea Pele ea Lefatše, ka November 11, 1918. Ba bararo ba rōna ho tsoa sehlopheng sa rōna sa thuto re ile ra tsamaea lik’hilomithara tse 80 ho leba toropong ea Wangaratta ho ea aba pampitšana People’s Pulpit. Lilemo hamorao, ha ke le kabelong ea boboleli ho se seng sa libaka tse thōko tsa mahaeng, ke ile ka ba le phihlelo e boletsoeng qalong.
Ka 1919, ke ile ka ba teng kopanong ea Liithuti tsa Bibele Melbourne. Moo, ka April 22, 1919, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka qoeliso ea metsing. Mokete oo oa lijo tsa moea o ile oa tebisa kananelo ea ka bakeng sa letlotlo la moea la ’Muso oa maholimo le bakeng sa mokhatlo oa lefatšeng o hlophisitsoeng oa Jehova.—Mattheu 13:44.
Ka mor’a kopano ha kea ka ka khutlela hae empa ke ile ka amohela memo ea ho ikopanya le Jane Nicholson, ’moleli oa nako e tletseng, bakeng sa khoeli ea ho paka. Kabelo ea rōna e ne e le libakeng tse sikileng le Nōka ea King tsa batho ba phelang ka temo le likhomo. Lilemong tse seng kae feela tse fetileng, sebaka sena se lithaba e bile tikoloho eo ho eona ho etselitsoeng filimi ea The Man From Snowy River.
Ka 1921 re ile ra amohela thuso e molemo ea ho ithuta Bibele The Harp of God. Ha Ntate a qala ho e sebelisa e le buka eo a rutang ka eona tlelaseng ea hae ea sekolo sa Sontaha, batsoali ba bangata ba ile ba mo hanyetsa ’me ba mo kōpa hore a itokolle mosebetsing. O ile a etsa joalo ka potlako. Hamorao re ile ra amohela bukana Hell, ka lipotso tse tsosang thahasello sekoahelong sa eona, “Ke Eng? Ke Bo-mang ba Leng Moo? Na ba ka Tsoa?” Ntate o ne a hloletsoe haholo ke bopaki bo hlakileng ba Bibele bo fanoeng tabeng ena hoo a ileng a qalella hang-hang ho aba likopi tsa eona ka ntlo le ntlo. O ile a aba tse makholo motsaneng oa rōna le metsaneng e haufi ea mahaeng.
Ho Nka Maeto a Boboleli le Ntate
Qetellong, Ntate o ile a reka koloi bakeng sa ho finyella batho ba libakeng tse ling ka molaetsa oa ’Muso. E le setei sa litšepe, o ne a tloaelane le lipere, kahoo ke ile ka ba mokhanni oa koloi. Qalong, re ne re robaletsa lihoteleng. Kapele sena se ile sa ipaka se le litšenyehelo li ngata haholo, ’me re ile ra qala ho hloma liahelo.
Ntate o ile a etsa hore setulo se kapele sa koloi se batalle ’me ke ne ke robala ka koloing. Re ile ra hloma tente e nyenyane bakeng sa hore Ntate a robale ka ho eona. Ka mor’a ho hloma liahelo ka libeke tse ’maloa, re ne re khutlela Porepunkah, moo Ntate a neng a bula hape setsi sa hae sa ho tea litšepe. Ha ho mohla re kileng ra khaotsa ho tsota hore ka mehla ho ne ho e-na le bareki ba bangata ba lefang likoloto tsa bona hantle e le hore re ka koahela litšenyehelo bakeng sa leeto la rōna le latelang la boboleli.
Batho ba bangata ba nang le tšekamelo e nepahetseng ba ile ba arabela hamolemo liketelong tsa rōna ’me qetellong ba amohela lithuto tsa lehae tsa Bibele. Hona joale ho na le liphutheho tse supileng tse nang le Liholo tsa tsona tsa ’Muso sebakeng seo qalong se ileng sa sebeletsoa ke sehlopha sa rōna se senyenyane se neng se e-tsoa Porepunkah. Ka sebele, ke mang ea ka nyelisang “letsatsi la taba tse nyenyane”?—Zakaria 4:10.
Ka 1931, ’na le Ntate re ile ra tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 300 ka koloi litseleng tse mpe haholo e le hore re ka ba teng sebokeng se khethehileng, moo re ileng ra amohela lebitso la rōna le lecha, “Lipaki tsa Jehova.” Ka bobeli ba rōna re ne re thabetse lebitso lena le ikhethang, la Mangolo. (Esaia 43:10-12) Le ile la re khetholla ka ho hlakileng haholoanyane ho feta lebitso le neng le re khetholla hanyenyane la “Liithuti tsa Bibele tsa Machaba,” leo re neng re tsebahala ka lona ho fihlela ka nako eo.
Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke paka toropong ea Bethanga, ke ile ka kopana le moruti oa sebakeng seo oa Kereke ea Chache. O ile a halefa ’me a qalella ho kototsa libuka tse ngata tseo re li tsamaisitseng, a laela hore batho ba mo fe libuka tsa bona. Ka mor’a moo o ile a laela hore libuka tseo li chesoe phatlalatsa bohareng ba toropo. Empa ketso eo ea hae e nyelisehang e ile ea mo fetohela.
Ka mor’a hore ke tsebise ofisi ea lekala ea Mokhatlo ka se etsahetseng, ho ile ha hatisoa lengolo la boipelaetso le neng le nyatsa seo moruti a neng a se entse. Hape, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore lihlopha tsa Lipaki tse tsamaeang ka makoloi li abe lengolo ho pholletsa le setereke. Ha ’na le Ntate re boela re etela toropo eo hamorao, re ile ra tsamaisa libuka tse ngata ho feta pele. Batho ba toropo eo ba ne ba laba-labela se fuperoeng ke lingoliloeng “tse thibetsoeng”!
Motho oa pele ea ileng a amohela ’nete ea Bibele ka leboea-bochabela ho Victoria ka lebaka la boboleli ba rōna e bile Milton Gibb. Nakong e lipakeng tsa maeto a rōna, o ile a ithuta ka botlalo likhatiso tsohle tsa Mokhatlo tseo re neng re mo sietse tsona. Ho le leng la maeto a rōna a ho boela, o ile a re makatsa ka ho re: “Hona joale ke se ke le e mong oa barutuoa ba hao.”
Le hoja ke ne ke thabisitsoe ke qeto ea hae, ke ile ka hlalosa: “Che, Milton. U ke ke ua ba e mong oa barutuoa ba ka.”
“Joale, he, ke se ke le e mong oa barutuoa ba Rutherford [eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo].”
Ka boela ka hlalosa: “Che, le hona u ke ke ua ba morutuoa oa Rutherford, empa ke tšepa hore u e mong oa barutuoa ba Kreste.”
Milton Gibb o ile a ipaka e le e mong oa matlotlo a mangata a bohlokoahali ao ke ileng ka qeta nako e ngata ke a rafa. Eena le ba bang ba babeli ho bara ba hae ke baholo ba Bakreste, ’me litho tse ling tsa lelapa la hae li mafolo-folo ka phuthehong.
Ho Thulana le Liteko tse Fapa-fapaneng
Ho sa tsotellehe thibelo e neng e behiloe mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova Australia ka January 1941, re ile ra tsoela pele re bolela, re sebelisa Bibele feela. Joale bopula-maliboho ba ka, kapa tšebeletso ea nako e tletseng, bo ile ba sitiseha ha ke bitsetsoa hae bakeng sa ho hlokomela ntate oa ka ea neng a kula haholo. Hamorao le ’na ke ile ka kula ’me ha hlokahala hore ke etsoe tšebetso ea ho buuoa e khōlō. Ho ile ha nkuka nako e teletsana hore ke khutlele bophelong bo botle ba ’mele, empa ke ile ka latsoa bonnete ba tšepiso ea Molimo: “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” (Ba-Heberu 13:5) Khaitseli e mong oa Mokreste o ile a nkhothatsa, a re: “Hopola Flo, ha ho mohla u leng mong. ’Me ka mehla ha u e-na le Jehova le bangata.”
Joale ho ile ha tla libeke tse 13 tsa ho kula ha ntate ea ratehang ha ho qetela. Ka July 26, 1946, o ile a shoa. O ne a ile a thabela bophelo ka ho tletseng, ’me o ne a e-na le tšepo ea leholimo. (Ba-Filipi 3:14) Kahoo ha ke le lilemo li 51, ke ne ke jeoa ke bolutu, kaha ke ne ke ile ka qeta boholo ba lilemo tsa ka tsa pele le Ntate. Eaba ke kopana le monna oa ka oa nako e tlang. Re ile ra nyalana ka 1947 ’me re ile ra qala ho bula maliboho hammoho. Empa nako ena e thabisang ha ea ka ea tšoarella halelele, kaha o ile a tšoaroa ke stroke ka 1953 ’me a ba a holofala.
Tsebo ea ho bua ea monna oa ka e ile ea ameha hampe haholo, ’me ho ne ho batla ho sa khonehe ho buisana le eena. Eo e ne e le eona karolo e thata ka ho fetisisa ea ho mo oka. Khatello ea kelello ea ho leka ho utloisisa seo a neng a loanela ho se bua e ne e le khōlō ka sebele. Le hoja re ne re phela sebakeng se ka thōko moo ho neng ho se na phutheho e haufi, Jehova haa ka a re lahla kherehloa nakong ea lilemo tseo tse lekang. Ke ile ka khema le boitsebiso bohle ba morao-rao ba mokhatlo o hlophisitsoeng, hammoho le phepelo e tsoelang pele ea lijo tsa moea limakasineng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Monna oa ka ea ratehang o ile a shoa ka December 29, 1957.
Tšebeletso Adelaide
Ke ne ke boetse ke jeoa ke bolutu hape. Joale ke ne ke tla etsa joang? Na ke ne ke tla amoheloa hape joaloka mosebeletsi oa nako e tletseng ka mor’a ho emisa ka lilemo tse ka bang hlano? Ke ile ka amoheloa, kahoo ke ile ka rekisa lehae la ka ’me ka qala bocha mosebetsing oa bopula-maliboho Adelaide, motse-moholong oa Australia Boroa. Ka nako eo ho ne ho hlokahala bo-pula-maliboho moo, ’me ke ile ka abeloa Phuthehong ea Prospect.
Kaha ke ne ke tšaba ho khanna har’a sephethe-phethe sa motse, ke ile ka rekisa koloi ea ka ’me ka qalella ho sebelisa baesekele hape. Ke ile ka e sebelisa ho fihlela ha ke le lilemo li 86, ’me ka tsebahala sebakeng seo ke le “mosali e monyenyane holim’a baesekele e putsoa.” Ha nako e ntse e feta ke ile ka eketsa ho ba boi har’a sephethe-phethe; lebili le ka pele la baesekele ea ka le ne le bonahala eka le lokotseha le sa khaotse. Ketsahalo ea ho qetela e ileng ea etsa hore ke tsoele ho palama baesekele e ile ea tla motšehare o mong oa mantsiboea ha ke tšekhemana holim’a lekhoakhoa. Ke ile ka ipolella hore, ‘Lena ke lekhetlo la ho qetela,’ kahoo ke ile ka boela ka tsamaea ka maoto hape.
Lilemong tse seng kae tse fetileng, ha ke ne ke le kopanong ea setereke, maoto a ka a ile a qalella ho hlōleha, ’me ka mor’a moo ke ile ka buuoa habeli linokeng. Ke ile ka tsoella hantle ka mor’a ho buuoa hoo ho fihlela ha ke thuloa ke ntja e khōlō e ba e ntahla fatše. Sena se ile sa etsa hore ho hlokahale phekolo e tsoelang pele, ’me ho tloha ka nako eo ho ile ha hlokahala hore ke sebelise seikokotlelo e le hore nka tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Kelello ea ka e ntse e le chatsi haholo. Ho ea kamoo motsoalle e mong oa ka a kileng a ho hlalosa ka teng: “Ho bonahala eka ’mele oa hao o tsofalang o ke ke oa tsamaisana le kelello ea hao e ntseng e e-na le matla a bocha.”
Ho theosa le lilemo, ke ile ka bona liphutheho Adelaide li hōla, li eketseha, li bile li aroloa. Joale, ka 1983, ha ke ne ke le lilemo li 88, ke ile ka tloha Adelaide ho ea lula le lelapa le leng Kyabram seterekeng sa Victoria, moo ke qetileng lilemo tse leshome tse thabisang. Ke ntse ke khona ho tsoela tšebeletsong ea tšimo; metsoalle ka phuthehong e ntse e mpalamisa ho nkisa ho ba nkang limakasine ho ’na ka mehla. Ka mosa batho bana ba ee ba tle koloing e le hore nka bua le bona.
Ha ke hetla morao lilemong tsa ka tsa ho phela tse fetang 98, ke hopola ka kameho ba bangata ba tšepahalang le ba khabane ba ileng ba rorisa Jehova le ’na, haholo-holo ntate oa ka ea babatsehang. Ho bonahala ke phetse halelele ho feta bohle ba tšepahalang bao e neng e le basebetsi-’moho le ’na tšebeletsong ea bopula-maliboho. Empa ke thabo e kaakang e nkemetseng ha ke tla kopana hape le bao re kopanelang tšepong ea moputso oa bophelo ’Musong oa leholimo oa Molimo, kannete ke letlotlo la bohlokoa bo fetisisang!
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ke ile ka kolobetsoa ka April 22, 1919
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ke thabile hore ebe ke ntse ke sebeletsa Jehova ha ke atamela lilemo tse 100