Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 7/1 maq. 26-29
  • Ho ba Mong Empa le ka Mohla ke sa Lahloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Mong Empa le ka Mohla ke sa Lahloa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kopana le ’Nete ea Bibele ka Lekhetlo la Pele
  • Ho ba Mong e le Kannete Joale
  • Ho Kopana le Mokhatlo o Hlophisitsoeng
  • Kopano, le ho Kolobetsoa Qetellong
  • Ho Khutlela Mount Gambier
  • Likabelo Tse Ncha
  • Tšebeletso ea Nako e Tletseng e Tsoelang Pele
  • Boikemisetso bo Nthusitse hore ke Atlehe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng ho Ntliselitse Melemo Bophelong Bohle ba Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Bolela Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 7/1 maq. 26-29

Ho ba Mong Empa le ka Mohla ke sa Lahloa

JOALOKAHA HO BOLETSE ADA LEWIS

Kamehla ke ’nile ka rata ho etsa lintho ke le mong. Hape ha ke entse qeto ke e entse—ka linako tse ling ba bang ba ho bitsa manganga—nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang. Ke boetse kea tseba hore na ho bonolo hakaakang ho bua ka mokhoa o tobileng, ’me tšobotsi ena e ’nile ea mpakela mathata ho theosa le lilemo.

LEHA ho le joalo, kea leboha hore ebe Jehova Molimo ha aa ntahla ka lebaka la liphoso tsa ka tsa botho. Ka thuto ea Lentsoe la hae, ke ile ka khona ho fetola botho ba ka ’me ka hona ke sebelelitse lithahasello tsa ’Muso ka lilemo tse ka bang 60. Ho tloha bongoaneng, ke ’nile ka rata lipere, ’me hangata thuso ea Molimo ho laoleng botho ba ka bo batlang bo le manganga e ’nile ea nkhopotsa kamoo tomo e ka sebelisoang kateng ho laola pere.

Ke ile ka hlahela pel’a letša le leputsoa la Mount Gambier Australia Boroa ka 1908. Batsoali ba ka ba ne ba e-na le polasi ea lebese, ’me e ne e le ’na morali e moholo baneng ba robeli. Ntate oa rōna o ile a hlokahala re sa le banyenyane haholo. Seo se ile sa ntšiea le boikarabelo bo boholo ba ho hlokomela polasi, kaha ho ne ho hlokahala hore likhaitseli tsa ka tse peli tse khōlō li sebetse hōle le hae bakeng sa ho tlisa chelete ka lapeng. Bophelo polasing bo ne bo hloka boiteko bo matla, e le mosebetsi o boima.

Ho Kopana le ’Nete ea Bibele ka Lekhetlo la Pele

Lelapa labo rōna le ne le kena Kereke ea Presbyteri, ’me re ne re ea kamehla, re le litho tse mafolo-folo. Ke ile ka ba tichere ea sekolo sa Sontaha ’me ka nka ka ho teba boikarabelo ba ho ruta bana seo ke neng ke lumela hore se nepahetse moeeng le boitšoarong.

Ka 1931 ntate-moholo o ile a hlokahala, ’me har’a lintho tseo a neng a e-na le tsona e ne e le libuka tse ngata tse neng li ngotsoe ke mopresidente oa nakong eo oa Mokhatlo oa Watch Tower, J. F. Rutherford. Ke ile ka qala ho bala The Harp of God le Creation, ’me ha ke ntse ke bala haholoanyane, ke ile ka makala haholoanyane ho ithuta hore lintho tse ngata tseo ke neng ke li lumela le tseo ke neng ke ’nile ka li ruta bana li ne li sa tšehetsoe ke Bibele.

E ne e le ho makatsang ho ithuta hore soule ea motho ea shoa, hore batho ba bangata ha ba na ho ea leholimong ha ba shoa, le hore ha ho na tlhokofatso ea ka ho sa feleng mollong oa lihele bakeng sa ba khopo. Ke ile ka boela ka ferekanngoa ke ho fumana hore ho boloka sabatha ea Sontaha beke le beke hase tlhokahalo ea Bokreste. Kahoo ke ile ka tobana le qeto e tebileng: ho khomarela lithuto tsa neano tsa Bokreste-’mōtoana kapa ho qala ho ruta ’nete ea Bibele. Ha hoa ka ha nkuka nako e telele ho etsa qeto ea ho khaotsa ka ho feletseng ho kopanela le Kereke ea Presbyteri.

Ho ba Mong e le Kannete Joale

Lelapa leso, metsoalle, le metsoalle ea pele eo ke neng ke kena kereke le eona ba ne ba sa thaba ha ke bolela morero oa ka oa ho tlohela kereke le ho se hlole ke ruta sekolong sa Sontaha. ’Me eitse ha ba hlokomela hore ke ne ke kopanela le ba bitsoang ka hore ke batho ba Moahloli Rutherford, seo se ile sa susumetsa lesebo le kotsi le ho feta. Ha e le hantle ke ne ke sa khaoloa, empa boholo ba litho tsa lelapa leso le bao pele e neng e le metsoalle ea ka ba ne ba se botsoalle ho ’na, ha ke sa feteletse litaba.

Ha ke ne ke ithuta haholoanyane le ho hlahloba mangolo a thathamisitsoeng libukeng tseo ke neng ke li bala, ke ile ka hlokomela haholoanyane tlhoko ea ho bolela phatlalatsa. Ke ile ka ithuta hore Lipaki tsa Jehova li ne li e-ea ka ntlo le ntlo e le karolo ea tšebeletso ea tsona ea phatlalatsa. Empa ka nako eo ho ne ho se na Lipaki seterekeng sa habo rōna. Ka hona, ho ne ho se ea nkhothatsang kapa ho mpontša kamoo ho boleloang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo kateng. (Mattheu 24:14) Ke ile ka ikutloa ke le mong haholo.

Leha ho le joalo, taelo ea Bibele ea ho bolela ho ba bang e ile ea lula e sa tlohe maikutlong a ka, ’me ke ile ka etsa qeto ea hore ke tlameha ho bolela ka tsela e itseng. Ka mor’a ho rapela haholo, ke ile ka etsa qeto ea ho qala ka ho etela malapeng a baahisani e le ho ba bolella feela ka lintho tseo ke neng ke ithutile tsona lithutong tsa ka le ho leka ho ba bontša lintho tsena Libibeleng tsa bona. Ntlo ea pele eo ke ileng ka kena ho eona e ne e le ea eo pele e neng e le mookameli oa ka sekolong sa Sontaha. Karabelo ea hae e se nang thahasello le litlhaloso tse mpe mabapi le ho tlohela ha ka kereke ka sebele e ne e se qalo e khothatsang. Empa ke ile ka ba le boikutlo bo mofuthu le matla a kahare a sa tloaelehang ha ke tloha lelapeng la hae ’me ka tsoela pele ho leba malapeng a mang.

Ka sebele ho ne ho se na khanyetso e tobileng, empa ke ile ka makatsoa ke ho iphapanya ho akaretsang ho bao pele e neng e le metsoalle ea ka ea kereke ha ke ne ke ba etela. Ho makaleng le ho soabeng ha ka, ke ile ka thulana le khanyetso e matla ka ho fetisisa ho khaitseli oa ka e moholo, ho ileng ha nkhopotsa mantsoe a Jesu: “Le tla ekoa le ke batsoali ba lōna, le ke banab’abo lōna, le bahabo lona, le metsoalle ea lona, . . . ’me le tla hlouoa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.”—Luka 21:16, 17.

Ke ne ke ile ka ba mopalami oa lipere ea nang le phihlelo ke sa le monyenyane, kahoo ke ile ka etsa qeto ea hore tsela e potlakang ka ho fetisisa ea ho finyella malapeng a batho e tla ba ho palama pere. Sena se ile sa ’nolofaletsa ho ea masimong a hōle haholo libakeng tse haufi tsa mahaeng. Leha ho le joalo, motšehareng o mong oa mantsiboea pere ea ka e ile ea khetšemela ’me ea oela tseleng e thellang, ’me ka utloa bohloko haholo ka lebaka la lehata le peperaneng. Ka nakoana, ho ne ho e-na le tšabo ea hore ho ka ’na ha etsahala hore ke se ke ka phela. Ka mor’a ho oela hoo, haeba tsela e ne e le metsi kapa e thella, ke ne ke tsamaea ka pere ke palame kariking ho e-na le ho palama pere.a

Ho Kopana le Mokhatlo o Hlophisitsoeng

Nako e ’ngoe ka mor’a hore ke hlaheloe ke kotsi, sehlopha sa baboleli ba nako e tletseng, bao hona joale ba bitsoang bo-pula-maliboho, ba ile ba etela seterekeng sa Mount Gambier. Kahoo, ka lekhetlo la pele, ke ile ka khona ho buisana ka ho toba le balumeli-’moho. Pele ba tsamaea, ba ile ba nkhothalletsa hore ke ngolle ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ’me ke botse mabapi le hore na nka kopanela joang mosebetsing oa ho bolela phatlalatsa ka tsela e hlophisehileng haholoanyane.

Ka mor’a ho ngolla Mokhatlo, ke ile ka amohela libuka, libukana, le karete ea ho paka e ngotsoeng bakeng sa ho e sebelisetsa ho etsa likenyelletso menyakong. Ke ile ka ikutloa ke atametse haholoanyane ho baena le bo-khaitseli ba ka moeeng ka lebaka la ho ngollana le ofisi ea lekala. Empa eitse ha sehlopha sa bo-pula-maliboho se tloha ’me se fallela toropong e latelang, ke ile ka ikutloa ke le mong le ho feta pele.

Ka lebaka la ho paka ha ka kamehla libakeng tseo ke neng ke tloaetse ho ea ho tsona letsatsi le letsatsi—haholo-holo ka pere le kariki—ke ile ka tsejoa haholo seterekeng seo. Ka nako e tšoanang, ke ne ke khona ho hlokomela mesebetsi ea ka ea kamehla ea polasi. Ka nako eo lelapa leso le ne le se le khaolitse ho hanyetsa kemiso ea ka ’me ha lea ka la leka ho sitisa. Ka lilemo tse ’nè ke ile ka sebeletsa ka mokhoa ona ke le mohoeletsi oa litaba tse molemo ea ka thōko, ea sa kolobetsoang.

Kopano, le ho Kolobetsoa Qetellong

Ka April 1938, Moena Rutherford o ile a etela Australia. Khanyetso e matla ea baruti e ile ea fella ka hore ho hlakoloe tumello ea ho sebelisa Holo ea Toropo ea Sydney. Leha ho le joalo, motsotsong oa ho qetela, ho ile ha fumanoa tumello ea ho sebelisa Mabala a Lipapali. Ho fetoloa hoo ha litokisetso ka qobello ha e le hantle ho ile ha ipaka ho le molemo, kaha ba likete tse ngata ba ne ba ka fumana sebaka Mabaleng a Lipapali a maholoanyane. Ba ka bang 12 000 ba ile ba tla, kamoo ho bonahalang kateng thahasello ea ba bangata e ne e tsositsoe ke khanyetso e hlohlellelitsoeng ke baruti khahlanong le seboka sa rōna.

Nakong ea ketelo ea Moena Rutherford, ho ile ha boela ha tšoaroa kopano ea matsatsi a ’maloa motseng oa toropo o haufi le Sydney. E bile hona moo, moo qetellong ke ileng ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing. Na u ka inahanela thabo eo qetellong ke ileng ka ba le eona ha ke kopana le baena le bo-khaitseli ba makholo-kholo ba tsoang libakeng tsohle tsa k’honthinente e khōlō ea Australia?

Ho Khutlela Mount Gambier

Ha ke khutlela hae, ke ile ka ikutloa ke le mong habohloko, leha ho le joalo ke ne ke ikemiselitse ho feta leha e le neng pele ho etsa seo nka se khonang mosebetsing oa ’Muso. Kapele-pele ke ile ka tloaelana le ba lelapa la Agnew—Hugh, mosali oa hae, le bana ba bona ba bane. Ba ne ba lula toropong ea Millicent, lik’hilomithara tse ka bang 50 ho tloha Mount Gambier, ’me ke ne ke nka leeto la lik’hilomithara tse 50 ho ea feela ke palame kariki e huloang ke pere ho ea khanna thuto ea kamehla ea Bibele le bona. Ha ba amohela ’nete, bolutu ba ka bo ile ba fela.

Kapele-pele, re ile ra etsoa sehlopha bakeng sa bopaki bo hlophisitsoeng. Joale, ka lehlohonolo ’Mè o ile a qala ho thahasella ’me a tsamaea le ’na leetong la ho ea le ho khutla la lik’hilomithara tse 100 ho ea ithuta le sehlopha seo se sa tsoa thehoa. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, kamehla ’Mè o ne a nkhothatsa le ho nthusa, le hoja e ne e le lilemo tse seng kae pele a kolobetsoa. Ke ne ke se ke se bolutung joale!

Sehlopha sa rōna se senyenyane se ile sa hlahisa bo-pula-maliboho ba bane, banana ba bararo ba ha Agnew, Crystal, Estelle, Betty—le ’na. Hamorao, lilemong tsa bo-1950, banana bao ba bararo kaofela ba ile ba ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ba ile ba abeloa ho ea India le Sri Lanka e le baromuoa, moo ntseng ba sebeletsa teng ka botšepehi.

Ka January 1941 mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa Australia, kahoo kapele-pele re ile ra nka bohato bo loketseng. Re ile ra nka lintho tsohle tseo re neng re li sebelisa tšebeletsong—lingoliloeng, likeramafono tse nkoang ka letsoho, lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng, le tse ling—ra li kenya ka terankeng e khōlō. Eaba re beha teranka eo ka phaposing ea ho boloka thepa ’me ra laela furu kariking bakeng sa ho e pata.

Ho sa tsotellehe thibelo eo, re ile ra tsoela pele ho bolela ka ntlo le ntlo, empa ka hloko, re sebelisa Bibele feela ha re buisana le beng ba matlo. Ke ne ke pata limakasine le libukana tlas’a sale ea pere ’me ke li ntša hafeela ho na le thahasello ea sebele molaetseng oa ’Muso. Qetellong, ka June 1943, thibelo e ile ea tlosoa, ’me re ile ra khona ho fana ka lingoliloeng pepenene hape.

Likabelo Tse Ncha

Ka 1943, ke ile ka iketsa ea fumanehang ho ba pula-maliboho, ’me selemong se latelang ke ile ka tloha Mount Gambier ho ea kabelong e ’ngoe. Taba ea pele, ke ile ka memeloa ho sebeletsa ka nako e khutšoanyane ofising ea lekala ea Mokhatlo e Strathfield. Ka mor’a moo, ka ho latellana, ke ile ka amohela likabelo tsa ho ea litoropong tse nyenyane tse leng ka boroa ho New South Wales le ka bophirimela ho Victoria. Leha ho le joalo, e ’ngoe ea likabelo tsa ka tse putsang ka ho fetisisa moeeng e bile ha ke le phuthehong e khōlō ea motseng oa Melbourne. Kaha ke ne ke e-tsoa toropong e nyenyane ea sebakeng se ka thōko, ke ile ka ithuta ho hongata ka ho sebeletsa moo.

Kabelong ea ka karolong e ka tlaase seterekeng sa Gippsland sa Victoria, ’na le molekane oa ka oa pula-maliboho, Helen Crawford, re ne re khanna lithuto tsa Bibele tse ngata, ’me ka nako le motsotso feela, re ile ra bona ho thehoa ha phutheho. Setereke seo se ne se e-na le tšimo e khōlō ea mahaeng, ’me bakeng sa sepalangoang re ne re e-na le koloi ea khale, e sa tšepahaleng. Ka linako tse ling re ne re e palama, empa ka makhetlo a mangata re ne re e sutumetsa. Ke ne ke hloloheloa pere hakaakang! Ka linako tse ling, ka ’nete ke ne ke ee ke re: “Nka fana ka ntho leha e le efe (ntle le ’Muso) bakeng sa pere!” Kajeno litoropong tse ngata tsa setereke seo, ho na le liphutheho tse matla le Liholo tsa ’Muso tse ntle.

Ka 1969, ke ile ka amohela kabelo ea ho ea Canberra, motse-moholo oa Australia. Sena e ne e le sebaka se phephetsang le se nang le maemo a sa tšoaneng seo motho a neng a ka paka har’a ’ona, kaha hangata re ne re kopana le basebetsi libakeng tse ngata tsa bonģosa ba linaha lisele. Ke ntse ke sebeletsa mona, empa lilemong tsa morao tjena ke lebisitse tlhokomelo ea ho paka ha ka sebakeng sa liindasteri sa motse ona.

Ka 1973, ke ile ka ba le tokelo ea ho ba teng likopanong tse khōlō United States. Ntlha e ’ngoe e khōlō bophelong ba ka e ne e le ho ba moeti kopanong ka 1979 le ho hahlaula Iseraele le Jordane. Ho etela libaka tsa sebele tse boletsoeng ka Bibeleng le ho thuisa ka liketsahalo tse etsahetseng moo ka sebele e ne e le phihlelo e susumetsang maikutlo. Ke ile ka khona ho ba le phihlelo ea hore na ke ntho e joang ho phaphamala ka holim’a Leoatle le Shoeleng, ka metsi a lona a teteaneng a letsoai, ’me nakong ea ha re etela Petra, Jordane, ke ile ka ba le monyetla oa ho palama pere hape. Sena se ile sa nkhopotsa matsatsi ane a ho qala ha lipere li ne li ’nolofaletsa ho fihla libakeng tse qalikaneng le tsa mahaeng ka molaetsa oa ’Muso.

Tšebeletso ea Nako e Tletseng e Tsoelang Pele

Takatso ea ka ea ho tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng ho sa tsotellehe ho hōla lilemong e ’nile ea bolokoa e phela ka litokisetso tse khethehileng tse kang Sekolo sa Tšebeletso ea Bopula-maliboho le liboka tsa bopula-maliboho tse tšoaroang nakong ea likopano tsa potoloho, hammoho le khothatso e tsoelang pele eo ke ileng ka e fumana ho balebeli ba tsamaeang. Ka sebele nka bolela hore ka mosa Jehova o ile a tsamaisa litaba e le hore matsatsi a ka a ho ba mong e be ntho ea nakong e fetileng.

Hona joale ke lilemo li 87, ’me ka mor’a lilemo tse ka bang 60 ke sebeletsa Jehova, ke na le khothatso ho ba bang bao ka ho tšoanang ba ka ’nang ba bua ka mokhoa o tobileng ba etsa lintho ba le bang: Kamehla ikokobeletseng tataiso ea Jehova. E se eka Jehova a ka re thusa ho laola ho bua ha rōna ka mokhoa o tobileng, ’me e se eka kamehla a ka re hopotsa hore le hoja hangata re ka ’na ra ikutloa re le bang, le ka mohla a ke ke a re lahla.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kariki ke koloeana e bobebe, e mabili a mabeli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela