Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb16 maq. 28-29
  • Ho Nehela Makala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nehela Makala
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Neheloa ha Makala
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
  • Ho Etsoa’ng Ofising ea Lekala?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Re Ile ra Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
yb16 maq. 28-29
Batho ba tlileng lenaneong la ho nehela lekala

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Ho Neheloa ha Makala

KA MOQEBELO oa la 24 January 2015, ha ho ne ho tšoeroe lenaneo la ho nehela lekala la Madagascar, morali’abo rōna e mong o ile a re: “Ke thabile haholo.” Eena hammoho le baeti ba bang ba 583 ba ne ba hloletsoe ha ba bona mohaho o mocha oa bolulo o nang le likamore tse 19, hammoho le phaposi ea ho jela e atolositsoeng le kichine e nchafalitsoeng. Lefapha la Tšebeletso, la Liak’haonte le la Kaho a ile a ekeletsoa liofisi. Ho phaella moo, lefapha la Audio/Video le la Puo ea Matsoho a ile a etsetsoa listudio tse ncha ’me ha thehoa Lefapha la Mongolo oa Braille. Ka mor’a hore baeti ba utloe pale e khutšoanyane ka mosebetsi oa boboleli naheng ea Madagascar, ba ile ba thabela ho utloa puo ea ho nehela lekala e ileng ea fanoa ke Mor’abo rōna Mark Sanderson oa Sehlopha se Busang.

Mohaho o mocha oa bolulo lekaleng la Madagascar

Mohaho o mocha oa bolulo o nang le liphaposi tse 19 lekaleng la Madagascar

Batho ba Jehova ba ile ba thaba haholo motseng oa Jakarta, Indonesia, ha lipula tse matla li emisa ka nako e loketseng hore ho neheloe mehaho e mecha ea lekala ka la 14 February, 2015. Hona joale ofisi ea lekala e mokatong o le mong kaofela mohahong o molelele oa liofisi o nang le mekato e 42 le mekatong e 12 mohahong o mong oa lifolete o haufinyane. Mafapha a ’maloa a Bethele a sebeletsa mehahong e menyenyane e haufinyane. Mor’abo rōna Anthony Morris oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea ho nehela lekala, ’me letsatsing le latelang, batho ba 15 257 ba ile ba bokana lebaleng la bolo ho tla mamela ha a fana ka puo e reng, “Le ’ne le Mamelle Mosebetsing o Molemo.” Lenaneo le ile la hokeloa ka Inthanete libakeng tse ling tse 41 ’me la mameloa ke batho ba 11 189, e leng seboka se seholo ka ho fetisisa sa batho ba Jehova se kileng sa e-ba teng Indonesia. Ronald Jacka, e leng e mong oa baromuoa ba pele ba ileng ba ea Indonesia, o ile a re: “Ha ke fihla mona ka 1951, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 26 feela naheng eohle. Empa kajeno, batho ba fetang 26 000 ba bile teng lenaneong lena le khethehileng. Ka sebele Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae naheng ea Indonesia!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela