Australia: Video ea lipopae ea Motsoalle oa ’Nete ke ea Joang?
HO BOLELA LE HO RUTA LEFATŠENG LOHLE
Oceania
PALO EA LINAHA 29
PALO EA BAAHI 40 642 855
PALO EA BAHOELETSI 98 353
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 66 022
Ke Ile ka ba Sebete ho ba Bontša Websaete
Emily ea lilemo li 12, o lula Australia. Ka le leng tichere e ne e bua le bona ka hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho khetha metsoalle e nepahetseng. Sena se ile sa susumeletsa Emily hore a bontše tichere ea hae video ea lipopae ea Motsoalle oa ’Nete ke ea Joang? Hamorao tichere e ile ea bontša baithuti video eo, ’me ba ile ba mamela ka hloko. Ka mor’a moo, ba ile ba qeta hora ba ntse ba buisana ka eona. Tichere e ile ea bontša le bana ba litlelase tse ling video eo. Joale, Emily o ile a bontša tichere le bana ba ka tlelaseng ea hae websaete ea jw.org. Emily o re: “Jehova o ile a nthusa hore ke be le sebete sa ho bontša baithuti ba bangata websaete ea jw.org. Ruri o ile a ntlhohonolofatsa.”
Sebaka sa Khoebo se Metseng ea Mahaeng
Bahoeletsi ba bahlano ba ile ba nka leeto la lihora tse robong litseleng tse mpe tse lithabeng ho ea paka phatlalatsa ka teroli ea lingoliloeng sebakeng sa khoebo sa Suai, Timor-Leste. Batho ba neng ba tla teroling ba ne ba makalla ho bona lingoliloeng ka lipuo tse 12 tsa sebakeng seo, kaha bongata ba lipuo tseo li ne li na le lingoliloeng tse seng kae ’me tse ling li se na tsona ho hang. Ha mosali e mong a bona sehlooho sa bukana e ’ngoe, o ile a re: “E ngotsoe ka puo ea ka!” O ne a qala ho bona sengoliloeng se ngotsoeng ka puo ea hae ea Sebunak. Bahoeletsi bao ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse 4 571 ka matsatsi a mane feela, ’me batho ba bangata ba kōpa hore ba eteloe malapeng a bona. Batho ba bangata ba thahasellang ba ne ba qala ho kopana le Lipaki Tsa Jehova. Bana ba ne ba qeta lihora ba shebelletse livideo tsa E-ba Motsoalle oa Jehova ka Setetun Dili. Bana ba bang ba ile ba tšoara lipina tse hlahang livideong tseo ka hlooho ’me ba li bina ba thabile.
Timor-Leste: Bana ba shebelletse livideo tsa E-ba Motsoalle oa Jehova
“Ke Sona Seo Baithuti ba se Hlokang”
Brian le Roxanne, e leng baromuoa sehlekehlekeng sa Palau, ba ile ba kōpa tumello ea ho paka phatlalatsa ka teroli k’holejeng e ’ngoe. Ba ile ba kopana le mookameli ea phahameng oa k’holeje, eaba ba mo bontša video e hlahang ho jw.org e buang ka mosebetsi oa rōna oa ho paka phatlalatsa. Ba ile ba boela ba mo siela lingoliloeng tse seng kae e le hore a bone hore na ke lingoliloeng tse joang tseo ba tl’o li beha teroling. Mookameli eo o ile a bolella Brian le Roxanne hore ba lokela ho buisana le moeta-pele oa mokhatlo o emelang baithuti. Ka mor’a hore ba buisane le moeta-pele eo, o ile a ba fetisetsa ho mookameli e mong oa k’holeje.
Brian o re: “Re ile ra buisana hamonate le mookameli eo, empa a re re khutlele ofising ea mookameli ea phahameng, moo re ileng ra laeloa hore re ngole lengolo le kōpang tumello. Ba ile ba re isa holimo le tlaase hoo re ileng ra qetella re nyahame, leha ho le joalo, re ile ra ngola lengolo.”
Palau: Roxanne le Brian ba qoqa hamonate le baithuti ha ba paka phatlalatsa ka teroli haufi le k’holeje
Ka mor’a hore Brian le Roxanne ba ngole lengolo, ba ile ba ea ho mookameli hape, ba se ntse ba lebeletse hore o tla hana kōpo ea bona. Brian o re: “Re ile ra makala haholo ha mookameli eo a re bolella hore o balile libuka tseo re ileng ra li siea, ’me a re o li ratile haholo. O ile a re ke sona seo baithuti ba se hlokang.” Re ile ra fuoa tumello ea ho paka phatlalatsa ka teroli!
Brian o re: “Moeta-pele oa mokhatlo o emelang baithuti o ile a re bolella hore ho na le tokisetso ea hore baithuti ba lulang sekolong ba isoe kerekeng eo ba batlang ho ea ho eona ka Sontaha. A re: ‘Haeba ba batla ho ea kerekeng ea lōna, re ka ba isa.’ ’Na le Roxanne re ne re hloletsoe. Ho e-na le hore k’holeje e hane kōpo ea rōna, e ile ea ithaopela ho isa baithuti Holong ea ’Muso!”
Letsatsing la pele leo Brian le Roxanne ba ileng ba beha teroli ka lona k’holejeng, ba ile ba tsamaisa libuka tse 65, limakasine tse 8 le libukana tse 11. Ba ile ba boela ba qoqa hamonate le baithuti. Mookameli oa k’holeje le moeta-pele oa mokhatlo oa baithuti ba ile ba re ba tle hape.
Bareki ba Shebella Livideo Tsa Rōna
Lipson, eo e leng setho sa lelapa la Bethele o ne a tsoa mosebetsing oa boboleli ’me a khutlela ofising ea lekala ea Solomon Islands. Ha a ntse a tsamaea, o ile a utloa pina ea ’Muso e lla ka shopong e ’ngoe. O ile a kena, kaha o ne a batla ho bona hore na ho etsahala’ng. O ile a makala ha a fumana bana le batho ba baholo ba shebelletse e ’ngoe ea livideo tsa E-ba Motsoalle oa Jehova ’me e bapala pina ea 55, e nang le sehlooho se reng, “Bophelo bo sa Feleng—Qetellong!” Ha pina eo e fela, mong’a shopo o ile a re ho batho bao, “Ho na le video e ’ngoe eo ke batlang ho le bontša eona.” Eaba o bapala video ea lipopae e reng, Ho Utsoa ho Fosahetse. Ka mor’a hore e fele, o ile a kōpa batho bao hore ba se ke ba utsoa shopong ea hae.
Kaha batho ba bangata ba ile ba fihla video e se e ntse e bapala, mong’a shopo o ile a re, “Ke batla hore kaofela le utloe pina eo ke e ratang.” O ile a bapala pina ea 55 hape. Ka mor’a moo, a bapala video e reng, Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? le e reng, Ho Etsahala’ng Thutong ea Bibele? ka Sefanakaloko sa Solomon Islands.
Solomon Islands: Mong’a shopo o bontša bareki livideo tseo a li fumaneng ho jw.org
Batho ba bangata ba Solomon Islands ha ba na Inthanete kaha e theko boima ebile ha e fumanehe habonolo. Leha ho le joalo, mong’a shopo o thusa ho jala peō ea ’nete ka hore a bontše batho ba tlang shopong ea hae livideo tsa rōna, le hoja eena e se Paki ea Jehova.
O Ile a Fumana Buka e Nang le Lebitso la Molimo
Mantaha o mong le o mong, banyalani ba bang ba paka phatlalatsa ka teroli ea lingoliloeng, Nouméa, e leng motse-moholo oa New Caledonia. Ka le leng, mosali e mong o ile a tla teroling ’me a nka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? a ithōletse. O ile a khutla ka mor’a metsotso e mashome a mararo a tšoere buka eo. Eaba o re ho banyalani bao: “Na le bone see?” O ile a phetla buka eo eaba o ba supisa lebitso la Jehova. A re: “Ke lebitso la Molimo! Ke qetile libeke ke ntse ke etsa lipatlisiso laebrari e le hore ke utloisise seo e leng ’nete ka Molimo. Empa ka mor’a hore ke nke buka ena ’me ke kene le eona ka koloing, ntho ea pele eo ke ileng ka e bona ha ke e phetla, ke lebitso la Molimo, e leng Jehova. Ke ile ka ikutloa ke tlameha ho khutla ke tl’o le leboha.” Banyalani bao ba ile ba qoqa hamonate le mosali eo ’me ba mo kōpa hore a bale sehlomathiso se nang le sehlooho se reng, “Ho Sebelisoa ha Lebitso la Molimo le Seo le se Bolelang,” bukeng ea Seo Bibele e se Rutang. Mosali eo o ile a re o tla tsoela pele ka lipatlisiso tsa hae laebraring, empa o se a tseba hore na o tla fumana teroli ea lingoliloeng hokae Mantaha o mong le o mong!