Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb16 maq. 16-17
  • Ho Hahoa Liholo Tsa ’Muso ka Potlako

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hahoa Liholo Tsa ’Muso ka Potlako
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefapha la Meralo/Kaho la Lefatše ka Bophara
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Mosebetsi oa Kaho o Tlotlisang Jehova
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • U ka Fana ka Matla le Nako ea Hao
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
yb16 maq. 16-17
Lipaki Tsa Jehova li haha holo ea ’muso

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Ho Hahoa Liholo Tsa ’Muso ka Potlako

KE HO thabisang hakaakang ho bona hore Jehova o tsoela pele ho potlakisa le ho atlehisa borapeli ba ’nete lefatšeng! (Esa. 60:22) Ka lebaka la keketseho ena, ho lula ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso tse eketsehileng. Ho na le Liholo Tsa ’Muso tse fetang 13 000 tse hlokang ho hahoa kapa ho lokisoa lefatšeng ka bophara.

E le hore mosebetsi o etsoe ka potlako le ka tsela e fokotsang litšenyehelo, Sehlopha se Busang se ile sa etsa liphetoho tseleng eo mafapha a kaho a sebetsang ka eona. Lefapha la Meralo le Kaho la Lefatše ka Bophara (WDC), le ntlo-khōlō e Brooklyn, New York, le sebetsa ka thata ho potlakisa mosebetsi oa ho haha le ho nchafatsa Liholo Tsa ’Muso lefatšeng ka bophara. Mafapha a Meralo le Kaho a Mabatooa (RDC) a Australasia, Europe Bohareng, Afrika Boroa, le United States a ne a amehile haholo ka ho haha Liholo Tsa ’Muso ka potlako le ka mokhoa o sa hlokeng chelete e ngata. Mafapha ana a mabatooa a boetse a koetlisa liofisi tsa makala ho hlokomela libaka tsa borapeli tse tšimong ea tsona. Lekaleng le leng le le leng ho na le Lefapha la Meralo le Kaho (LDC) leo mosebetsi oa lona e leng ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso le Liholo Tsa Kopano.

Ka January 2015, baholo bohle ba United States ba ile ba e-ba teng sebokeng se neng se hasoa ka video. Sebokeng seo ba ile ba bolelloa ka mekhoa e mecha ea ho rala, ho haha le ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso. Ho ile ha buuoa ka lintlha tse latelang.

  • Kaho: Meralo le lisebelisoa tsa kaho li lokela ho lumellana le maemo a sebaka ’me Komiti ea Khatiso ea Sehlopha se Busang ke eona e tla fana ka tataiso. Ho tla hahoa mehaho e sa hlokeng chelete e ngata, e ke keng ea senyeha habonolo le e shebahalang hantle.

  • Ho hlokomela mehaho: Ho tla koetlisoa baithaopi liphuthehong bakeng sa ho hlokomela libaka tsa rōna tsa borapeli le ho li boloka li le maemong a matle.

Ruri mosebetsi oa kaho le oa ho hlokomela libaka tsa borapeli o mongata haholo. Leha ho le joalo, boiteko bo matla boo bara le barali babo rōna ba bo etsang, bo tla thusa hore mosebetsi o etsoe ka potlako le hore menehelo e sebelisoe ka tsela e bohlale le e molemo ka ho fetisisa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela