Rui Almeida Fotografia/Moment via Getty Images
LULANG LE FALIMEHILE!
Bibele e Re’ng ka Lintoa Tse Bakoang ke Lipolotiki?
Batho ba bangata lefatšeng ba tšoenyehile ka lebaka la lintoa tse ngata tse bakoang ke lipolotiki.
Naheng ea Mexico, ho ile ha bolaoa batho ba 39 ba hlaheletseng lipolotiking. Palo ena ke e kholo ka ho fetisisa ho lipalo tse kileng tsa e ba teng ’me e ile ea tšosa batho ba bangata haholo hoo boholo ba bona ba sa kang ba ea likhethong tsa selemo sa 2023-2024.
Haufinyane tjena, Europe ho ile ha e-ba le lintoa tse ngata tse bakoang ke lipolotiki, ho akareletsa le teko ea polao ea tona-kholo ea Slovakia ka la 15 May, 2024.
Batho ba lulang Amerika ba ile ba tšosoa haholo ke teko ea bobeli ea polao ea mopresidente oa mehleng, e leng Donald Trump ka la 15 September, 2024.
Ke hobane’ng ha ho e-na le lintoa tse ngata hakaale tse bakoang ke lipolotiki? Na li tla ke li fele? Bibele e re’ng ka taba ee?
Ho ile ha boleloa esale pele ka likarohano tse bakoang ke lipolotiki
Bibele e ile ea bolela esale pele hore “mehleng ea bofelo,” eo re phelang ho eona batho ba bangata ba ne ba tla ba le mekhoa e tla etsa hore ho be le lintoa le ho se utloane.
“Mehleng ea bofelo bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. Batho . . . e tla ba batho ba sa leboheng le ba sa tšepahaleng . . . ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, . . . ba bohale bo tšosang . . . ba fetohelang ba bang, ba manganga le ba ikakasang.”—2 Timothea 3:1-4.
Bibele e ile ea boela ea bolela esale pele ka merusu e teng e bakoang ke lipolotiki mehleng ena eo re phelang ho eona. (Luka 21:9) Leha ho le joalo, merusu e bakoang ke lipolotiki le likarohano e tla fela.
Lintoa tse bakoang ke lipolotiki li tla fela
Bibele e ile ea boela ea bolela hore ’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka.
“Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso . . .o tla silakanya o felise mebuso ena kaofela ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
’Muso oa Molimo o tla etsa hore batho ba momahane le hore ho be le khotso lefatšeng lohle.
Morena oa teng e leng Jesu Kreste, o bitsoa “Khosana ea Khotso,” ’me o tla etsa bonnete ba hore “khotso e tla ba teng ka ho sa feleng.”—Esaia 9:6, 7.
Batho ba busoang ke ’Muso oa Molimo, ba se ba ntse ba ithuta ho phela ka khotso hona joale. Ke kahoo, Bibele e reng: “Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma, ba etse marumo a bona likere tse kutang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:3, 4.
Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?” u be u shebelle video e reng ’Muso oa Molimo ke Eng?