Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 38
  • Molimo o Batla Hore ke Etse Eng ka Bophelo ba ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Batla Hore ke Etse Eng ka Bophelo ba ka?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Ka Molimo oa ’Nete?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Morero oa Bophelo ke Ofe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lula U le Motsoalle oa Jehova
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 38

Molimo o Batla Hore ke Etse Eng ka Bophelo ba ka?

Karabo ea Bibele

Molimo o batla hore u Mo tsebe, u be motsoalle oa hae, ’me u mo rate le ho mo sebeletsa ka pelo ea hao eohle. (Matheu 22:37, 38; Jakobo 4:8) U ka ithuta kamoo u ka etsang thato ea Molimo bophelong ba Jesu le lithutong tseo a neng a li ruta. (Johanne 7:16, 17) Jesu ha aa ka a bua ka thato ea Molimo feela—empa o ne a e phelela, ha e le hantle o ile a re morero oa hae bophelong hase ‘ho etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.’—Johanne 6:38.

Na ke lokela ho fumana pontšo e khethehileng, pono, kapa ho ba le neo hore ke tsebe hore na Molimo o batla hore ke etse eng?

Che, hobane Bibele e na le molaetsa oa Molimo o eang ho batho. E na le seo u se hlokang e le hore u ‘hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (2 Timothea 3:16, 17) Molimo o batla hore u sebelise Bibele le ‘matla a hao a ho nahana’ e le hore u ithute seo a se batlang ho uena.—Baroma 12:1, 2; Baefese 5:17.

Na kannete nka khona ho etsa thato ea Molimo?

E, u ka khona hobane Bibele e re: “Litaelo tsa Molimo ha li thata haholo hore re ka li etsa.” (1 Johanne 5:3, Easy-to-Read Version) Seo hase bolele hore ho lula ho le bonolo ho phetha litaelo tsa Molimo. Empa re tla rua molemo haholo ha re leka ho li mamela. Jesu o ile a re: “Ba thaba hakaakang ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le phetha!”—Luka 11:28, Good News Translation.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela