LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA
Liproverbia 17:17—“Motsoalle o na le Lerato Kamehla”
“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
“Motsoalle o na le lerato kamehla, ngoan’abo motho o tsoaletsoe ho thusa mohla litsietsi.”—Liproverbia 17:17, Bibele—Phetolelo e Ntjha.
Tlhaloso ea Liproverbia 17:17
Metsoalle ea ’nete ea tšepahala. Joaloka bana ba motho, ea tšepahallana ebile ea tsotellana, haholo-holo linakong tse thata.
“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.” Polelo ena e ka boela ea bolela “motsoalle oa motho o mo rata kamehla.” Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng bakeng sa “lerato” polelong ena ha le bolele feela tsela eo motho a ikutloang ka eona. Ke lerato le se nang boithati leo motho a ka le bontšang e mong ka liketso. (1 Bakorinthe 13:4-7) Metsoalle e ratanang ka tsela ena ea momahana le haeba setsoalle sa bona se lekoa, mohlomong ka lebaka la ho se utloisisane kapa ho thulana le mathata a itseng bophelong. E boetse e tšoarelana ka bolokolohi. (Liproverbia 10:12) Motsoalle ha a be mona ha motsoalle oa hae a atleha. Ho e-na le hoo, o thaba le motsoalle oa hae.—Baroma 12:15.
“Motsoalle oa ’nete . . ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.” Maele ana a bua ka taba ea bohlokoa ea hore bana ba motho ba ka utloana haholo. Kahoo, haeba re etsa sohle ho thusa motsoalle oa rona ha a e-na le mathata, re tla be re etsa seo ngoan’abo motho eo oa mali a neng a ka se etsa. Ho phaella moo, lerato leo metsoalle e nang le lona ha le fokolisoe ke mathata. Ho e-na le hoo, lea matlafala hobane ha ba e-na le mathata lerato le bona le tsela eo ba hlomphanang ka eona e matlafala haholoanyane.
Tlaleho ea Liproverbia 17:17
Buka ea Liproverbia e na le likeletso tse bohlale le litlhahiso tse ngotsoeng ka bokhutšoanyane le ka tsela e thahasellisang ’me seo se etsa hore ’mali a nahane. Morena Solomone o ngotse karolo e kholo ea buka ena ea Bibele. Mokhoa oa hae oa ho ngola o ne o tšoana le oa lithothokiso tsa Seheberu, hobane ho e-na le ho sebelisa mantsoe a bitsehang ka ho tšoana, o ne a sebelisa mantsoe a nang le mohopolo o le mong le mantsoe a nang le mehopolo e hanyetsanang. Liproverbia 17:17 ke mohlala oa thothokiso e nang le mohopolo o le mong hobane polelo ea pele e hlalosoa ke polelo ea bobeli. Liproverbia 18:24 ke mohlala oa mantsoe a nang le mehopolo e hanyetsanang. “Ho na le metsoalle e ratang ho utloisana bohloko empa ho na le motsoalle ea tšepahalang haholo ho feta ngoan’abo motho.”
E ka ’na eaba ha Solomone a ngola Liproverbia 17:17, o ne a nahane ka setsoalle se haufi seo ntate oa hae, Davida, a neng a e-na le sona le Jonathane, mora oa Morena Saule. (1 Samuele 13:16; 18:1; 19:1-3; 20:30-34, 41, 42; 23:16-18) Le hoja Davida le Jonathane ba ne ba sa amane, ba ne ba e-na le kamano e haufi ho feta ea bana ba motho. Jonathane o ne a bile a ikemiselitse ho shoa e le hore a ka sireletsa motsoalle oa hae ea monyenyane.a
Other Renderings of Proverbs 17:17
“A friend is loving at all times, and becomes a brother in times of trouble.”—The Bible in Basic English.
“A friend is always a friend, he is a born brother for adversity.”—The Moffatt Translation of the Bible.
“A friend shows his friendship at all times—it is for adversity that [such] a brother is born.”—The Complete Jewish Study Bible.
Shebella video ena e khutšoanyane ho ithuta ho eketsehileng ka buka ea Liproverbia.
a Sheba sehlooho se reng “Bound Together in Close Friendship.”