KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG
Liphutheho li Tšoara Liboka ka Marang-rang
LA 26 JUNE, 2020
Linaheng tse ngata mebuso e laetse hore batho ba se ke ba kopana le hore ba se ke ba bokana sebakeng se le seng ba le bangata. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ikemisetsa ho ikobela molao ’ona empa li sa khaotse ho rapela ’moho ka tsela e bolokehileng. E le ho finyella sena, li ’nile tsa sebelisa mecha ea puisano ea marang-rang joaloka Zoom, bakeng sa ho tšoara liboka.
E le ho etsa hore mokhoa ona o lule o sebetsa ntle ho tšitiso, Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho sebelisoe monehelo bakeng sa ho rekela liphutheho liak’haonte tsa Zoom. Tsela ena e thusitse liphutheho tse ngata haholo tse neng li ke ke tsa khona ho patalla lenaneo lena. Litjeho tsa ho reka ak’haonte ea lenaneo lena ke lidolara tsa Amerika tse 15 ho ea ho tse 20 kapa ho feta. Liphutheho tsena li ne li sebelisa mananeo a mahala a neng a kepela hore na ho kene batho ba bakae kapa a sa sireletsehang. Liphutheho tsohle tse sebelisang liak’haonte tsena tsa Zoom tse etselitsoeng mekhatlo li rua molemo o moholo kaha ho bobebe ho a sebelisa hape li khona ho kenya batho ba bangata sebokeng se seng le se seng. Ho fihlela joale, liphutheho tse ka holimo ho 65 000, linaheng tse fetang 170 li na le liak’haonte tsena.
Phutheho ea Kairagi, e Manado, North Sulawesi, Indonesia, e ile ea khaotsa ho sebelisa lenaneo la mahala bakeng sa ho tšoara liboka, eaba e fumana ak’haonte e etselitsoeng mekhatlo ea Zoom. Mor’abo rona Hadi Santoso o re: “Esita le bara le barali babo rona ba sa tloaelanang le lisebelisoa tsa elektronike ba se ba ka thabela liboka, kaha ha ho sa na lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li penya e le hore ba kene libokeng.”
Moholo e mong ea bitsoang Lester Jijón, Jr., oa Phutheho ea Guayacanes Oeste e Guayaquil, Ecuador, o re: “Kaha bara le barali babo rona ba bangata ba kolla ntsi hanong, ho ne ho ke ke ha khoneha hore liphutheho tse ling li ithekele lenaneo lena la Zoom le lumellang hore phutheho kaofela e kene libokeng. Joale re leboha mokhatlo hore ebe re ile ra etsetsoa liak’haonte tsena tsa Zoom, hona joale se re khona ho mema batho libokeng ka bolokolohi, re sa tšoenyeha ka hore na ha re e-s’o fete palo e lumeletsoeng ho hokela.”
Moholo e mong ea bitsoang Johnson Mwanza, oa phutheho ea Ngwerere North e Lusaka, Zambia, o re: “Bara le barali babo rona ba bangata ba ’nile ba re: ‘Lenaneo lena la Zoom le sebelisoang ke mekhatlo le entse hore re ikutloe re le haufi le Bakreste-’moho le rona, re be re bone hore Jehova oa re rata ebile oa re tsotella.’ ”
Liak’haonte tsena li rekiloe ka chelete e neng e beheletsoe ka thoko bakeng sa ha ho hlaha likoluoa. Chelete eo ke karolo ea menehelo ea lona eo le e faneng bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Boholo ba menehelo ena e fanoa ho sebelisoa websaete ea jw.org ho donate.jw.org. Rea leboha ka menehelo ea lona eo le e faneng ka seatla se bulehileng, eo hape e tšehetsang ba bang nakong ea likoluoa lefatšeng lohle.—2 Bakorinthe 8:14.