Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt maq. 1958-1959
  • B1 Molaetsa oa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • B1 Molaetsa oa Bibele
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka mor’a 4026 B.C.E.
  • 1943 B.C.E.
  • Ka mor’a 1070 B.C.E.
  • 29 C.E.
  • 33 C.E.
  • Hoo e ka bang ka 1914 C.E.
  • Bokamoso
  • Boprofeta ba Pele bo Hlahang ka Bibeleng bo ka U Tsoela Molemo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Jehova o Senola Morero oa Hae
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Peō ea Noha—E Pepesitsoe Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Tumellano ea Bibele ka Kakaretso
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
B1 Molaetsa oa Bibele

B1

Molaetsa oa Bibele

E Hatisitsoeng

Jehova Molimo o na le tokelo ea ho busa. Mokhoa oa hae oa ho busa ke oona o molemo. Morero oa hae ka lefatše le ka batho o tla phethahala.

Adama le Eva Serapeng sa Edene le noha pel’a bona

Ka mor’a 4026 B.C.E.

“Noha” e belaella tokelo ea Jehova ea ho busa le tsela ea hae ea ho busa. Jehova o tšepisa ho hlahisa “ngoana,” ea tla felisa noha e leng Satane. (Genese 3:1-5, 15) Empa Jehova o lumella hore ho fete nako batho ba ntse ba ipusa ba laoloa ke noha e leng Satane.

Abrahama o utloa tšepiso ea Molimo

1943 B.C.E.

Jehova o bolella Abrahama hore “ngoana” ea tšepisitsoeng e tla ba e mong oa litloholo tsa hae.—Genese 22:18.

Morena Davida

Ka mor’a 1070 B.C.E.

Jehova o kholisa Morena Davida ’me hamorao o kholisa le mora oa hae Solomone hore “ngoana” ea tšepisitsoeng o ne a tla hlaha lelokong la bona.—2 Samuele 7:12, 16; 1 Marena 9:3-5; Esaia 9:6, 7.

Jesu ha a ne a kolobetsoa

29 C.E.

Jehova o tsebahatsa Jesu e le “ngoana” ea tšepisitsoeng eo e tla ba Mojalefa teroneng ea Davida.—Bagalata 3:16; Luka 1:31-33; 3:21, 22.

esu ha a ne a shoa

33 C.E.

Noha e leng Satane, e holofatsa “ngoana” ea tšepisitsoeng ka ho etsa hore Jesu a bolaoe. Jehova o tsosa Jesu hore a e’o phela leholimong ’me o amohela bophelo ba Jesu bo phethahetseng boo a faneng ka bona e le sehlabelo ’me e e-ba motheo oa tšoarelo ea libe le ho fa litloholo tsa Adama bophelo bo sa feleng.—Genese 3:15; Liketso 2:32-36; 1 Bakorinthe 15:21, 22.

Noha, Satane, o lahleloa lefatšeng joalokaha ho tšepisitsoe ho Tšenolo

Hoo e ka bang ka 1914 C.E.

Jesu o lihela noha e leng Satane lefatšeng ’me o mo boloka moo ka nakoana.—Tšenolo 12:7-9, 12.

Jesu o busa lefatše a lutse teroneng leholimong joalokaha ho tšepisitsoe ho Tšenolo

Bokamoso

Jesu o koalla Satane ka lilemo tse 1 000 ’me oa mo felisa, o mo khoba hlooho ka tsela ea tšoantšetso. Morero oa Jehova ka lefatše le batho oa phethahala ’me ho tlosoa qoso lebitsong la hae le pusong ea hae.—Tšenolo 20:1-3, 10; 21:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela